Ho Batla Moeta-pele ea Tšoanelehang
“Ke re ho uena, tsoa u tsamaee, ha re sa u batla. Ka lebitso la Molimo ke re, hata kosene!”—Oliver Cromwell; a qotsoa ke setho sa Paramente ea Brithani, Leopold Amery.
Ntoa ea II ea Lefatše e ne e e-na le likhoeli tse robeli e qalile tšenyo ea eona, ’me Brithani le linaha tsa eona tsa selekane li ne li selebaletsoe. Ponong ea Leopold Amery le litho tse ling tsa ’muso, ho ne ho hlokahala moeta-pele e mocha. Kahoo, ka la 7 May, 1940, Paramenteng ea Brithani, Monghali Amery o ile a qotsa mantsoe a ka holimo a Oliver Cromwell ha a bua le Tona-khōlō Neville Chamberlain. Matsatsi a mararo hamorao, Monghali Chamberlain o ile a theoha setulong, eaba Winston Churchill oa se kotsomala.
BOETA-PELE ke ntho e ka sehloohong eo moloko oa batho o e hlokang, empa hase moeta-pele e mong le e mong ea tla tšoaneleha. Esita le ka lapeng, ntate o lokela ho ba le bokhoni ba ho etella pele e le hore mosali oa hae le bana ba thabe. Kahoo, nahana hore na ho hlokahala ho hongata hakae ho moeta-pele oa sechaba kapa oa lefatše! Ha ho makatse ha baeta-pele ba tšoanelehang ba fumanoa ka thata hakana.
Kahoo, ka lilemo tse likete le ka makhetlo a mangata ho ’nile ha behoa marena, ha fetoloa lipuso, ha ketoloa mebuso, ha khethoa babusi ba bacha, ha tšoaroa likhetho, ha fenethoa babusi ha ba ha fetoloa le mebuso. Marena, litona-khōlō, mahosana, bapresidente, bangoli-kakaretso le bahatelli, ba ’nile ba kena le ho tsoa pusong. Esita le babusi ba matla ba ’nile ba tlosoa litulong ka lebaka la liphetoho tse sa lebelloang. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Ba Felloa ke Matla ka Tšohanyetso,” se leqepheng la 5.) Ho sa tsotellehe seo, ho fumana moeta-pele ea tšoanelehang le ea lulang ka nako e telele, e bile ntho e thata.
“Na re Tlameha ho Mamella”—Kapa ho na le Mokhoa o Mong?
Kahoo, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba feletsoe ke tšepo ea ho fumana moeta-pele ea tšoanelehang. Linaheng tse ling, ho hloka thahasello le ho felloa ke tšepo ha batho ho totobala ka ho khethehileng nakong ea likhetho. Geoff Hill, moqolotsi e mong oa litaba oa Afrika, o ile a re: “Ho hloka thahasello kapa ho se be teng [likhethong] ho ata ha batho ba nahana hore ha ho seo ba ka se etsang ho ikimolla mahlomola. . . . Ha batho ba sa voute Afrika, ha ho hlile ha ho bolele hore ba khotsofetse. Hangata, ke mohoo oa ho kōpa thuso oa batho ba nkang hore ha ho ea ba mamelang.” Ka ho tšoanang, mongoli e mong oa koranta oa United States o ile a ngola se latelang mabapi le likhetho tse neng li atamela: “Ekare ho ka be ho iketa nkhetheng ea nang le bokhoni ka ho feletseng.” O ile a eketsa ka ho re: “Nkhetheng ea joalo ha a eo. Ha a e-s’o ka a e-ba teng. Re tlameha ho mamella.”
Na kannete moloko oa batho ha o na boikhethelo haese feela “ho mamella” baeta-pele ba sa phethahalang? Na ’nete ea hore baeta-pele ba batho ba ’nile ba sitoa ho khotsofatsa batho bao ba ba busang e bontša hore le ka mohla ho ke ke ha e-ba le moeta-pele ea tšoanelehang? Che. Moeta-pele ea tšoanelehang ka ho fetisisa o teng. Sehloohong se latelang re tla tšohla hore na moeta-pele enoa ea hloahloa oa moloko oa batho ke mang le hore na boeta-pele ba hae bo ka ba molemo joang ho batho ba limilione ba litso tsohle—ho akarelletsa le uena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 3]
Holimo ho le letšehali: Neville Chamberlain
Holimo ho le letona: Leopold Amery
Tlaase: Winston Churchill
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Chamberlain: Photo by Jimmy Sime/Central Press/Getty Images; Amery: Photo by Kurt Hutton/Picture Post/Getty Images; Churchill: The Trustees of the Imperial War Museum (MH 26392)