Ho Phethahatsa Boikarabelo ba Rōna ba ho Etsetsa ba Bang se Molemo
1 Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo: “Le se ke la lebala ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang.” (Ba-Heb. 13:16, NW) Boiteko ba bona ba ho thusa baena ba bona esita le tlas’a maemo a boima bo ne bo tla matlafatsa lerato la bona ho Molimo le lerato la bona e mong ho e mong. (Joh. 13:35) Le rōna re khothalletsoa ho etsetsa ba bang se molemo le ho arolelana lintho le bona.
2 Ho finyella sena, Jehova o re etselitse tokisetso ea ho feptjoa hamolemo moeeng le ho itlhomella hamolemo moeeng. Re fumana boitsebiso bo bongata hakaakang tokollong ka ’ngoe ea Molula-Qhooa le Tsoha! Re fumana thabo e kaakang ha re bala tokollo e ’ngoe le e ’ngoe hang feela hoba re e fumane! Ha re thuisa ka boitsebiso ba Mangolo, re ka ’na ra hlokomela lintlha tseo re ka li sebelisang tšebeletsong ea tšimo hammoho le lipuisanong tsa rōna le ba bang. Ka ho tšoanang, re ka lopolla nako bakeng sa ho lokisetsa seboka se seng le se seng haholo-holo ho lokisetsa thuto ea beke le beke ea Molula-Qhooa. Thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo e re thusa ho hlaolela “khopolo ea Kreste” ’me e re nolofalletsa ho bolella bao re teanang le bona se molemo.—1 Ba-Kor. 2:14-16; Pes. 19:14.
3 Boikarabelo Boo re Tšoanelang ho bo Amohela: Bohle ba ratang Jehova ba nehela bophelo ba bona ho eena. Ka ho amohela boikarabelo bo amanang le boinehelo, re bontša hore re ka lehlakoreng la Jehova ’me re ikarotse lefatšeng la Satane le litseleng tsa lona tse mpe. Ha re latela mohlala o siiloeng ke Kreste Jesu, re behela ba bang mohlala o motle. (1 Pet. 2:21) Mananeo a kopano ea potoloho a kang lenaneo le lokiselitsoeng bakeng sa selemo sa tšebeletso sa 1992, le nang le sehlooho se reng “Ho Jara Moroalo oa Rōna oa Boikarabelo,” a re khothalletsa ho phelela boinehelo ba rōna.
4 Ho ba teng ka mehla libokeng tsa phutheho ho re fa monyetla oa ho arolelana likhopolo tse hahang. Thuto ea rōna ea botho le ho lokisetsa liboka ho re fa boitsebiso bo molemo haholo boo re ka bo arolelanang le ba bang. Ho bontša thahasello e joalo ea botho ho ba bang ho eketsa boikutlo bo mofuthu le bo nang le botsoalle ka lapeng. Ka ho nka karolo libokeng, re bontša hore ka sebele re lumellana le mantsoe a Pauluse a tlalehiloeng ho Ba-Heberu 10:24, 25 le hore re amohela boikarabelo ba rōna ba ho khothatsa ba bang.
5 Hahamalla Boikarabelo bo Eketsehi- leng: Selemong sa tšebeletso sa 1992, na re ka hahamalla ho finyella boikarabelo bo eketsehileng, bo kang tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang kapa ba ka mehla? Ho fapana le ho lebisa tlhokomelo e sa tšoanelang lenaneng la lihora tse hlokahalang, ke hobane’ng ha u sa lebise tlhokomelo tabeng ea ho ba le monyetla o eketsehileng oa ho kopanela mosebetsing oa ho bokella batho? (Joh. 4:35, 36) Ho sebetsa ka mehla le bahoeletsi ba bang ba tšoanelehang le bo-pula-maliboho ho tla re thusa ho ntlafatsa tsebo ea rōna tšebeletsong. Bo-pula-maliboho ba thusang ba eketsehileng le bona ba fana ka tšusumetso e matla ka phuthehong. Haeba ho khoneha, ke hobane’ng ha u sa etse kōpo ea ho sebeletsa joaloka pula-maliboho oa ka mehla kapa u etse tokisetso ea ho ba pula-maliboho ea thusang nako le nako kapa hangata kamoo ho ka khonehang selemong see?
6 Baena ba tšoanelehang bao e leng litho tse inehetseng le ho kolobetsoa tsa phutheho ba fuoa boikarabelo habonolo. (1 Tim. 3:1-10, 12, 13) Bohle ba ka bontša boikemisetso ba bona ba ho sebeletsa ka ho fana ka litlhaloso tse nahanisisitsoeng hantle libokeng, ho kopanela Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, le ho amohela likabelo tsa ho etsa pontšo kapa ho hlokomela likarolo tse ling tsa Seboka sa Tšebeletso. Esita le bana ba ka beha mohlala o motle ka litsela tsena le boitšoarong ba bona ha ba le Holong ea ’Muso. Ba ka thusa ka ho sebetsa ’moho le sehlopha sa bona sa thuto ea buka ha se abetsoe ho hloekisa Holo ea ’Muso kapa ho hlokomela litlhoko tse ling tse joalo.—kmSU 4/76 maq. 1, 3.
7 Jesu o ile a bontša boikemisetso ba hae ba ho amohela boikarabelo ba ho etsetsa ba bang se molemo ka mantsoe ana: “Kea rata.” (Luka 5:12, 13) Le rōna re ka latela mohlala oa hae ka ho khothatsa le ho thusa baena ba rōna, batho ba thahasellang, le batho ba lipelo li ntle bao re teanang le bona tšebeletsong ea tšimo ho kopanela ka mehla le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ho amohela boikarabelo ba rōna ba ho “etsetsa bohle se molemo” ho hloka boiteko bo tiileng mohlomong le hore re itele. (Ba-Gal. 6:10, NW) Empa ha re bona se molemo se finyelloang, re ka lumellana le Pauluse, ea itseng: “Molimo o khahlisoa haholo ke mahlabelo a joalo.”—Ba-Heb. 13:16, NW.