Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/93 leq. 3
  • Na U ka ho Etsa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka ho Etsa?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 7/93 leq. 3

Na U ka ho Etsa?

1 ‘Ka etsa eng?’ ua botsa. Liproverbia 3:27 (BPN) e-ea arabela: “Fana ka tse molemo ho ba li hlokang, ha u e-na le matla a ho etsa joalo.” Na ‘u na le matla’ a ho atolosa mesebetsi ea hao le ho kopanela tšebeletsong ea bo-pula-maliboho bo thusang kapa ba ka mehla? Na u ka etsa seo?

2 Ebile ho khothatsang hakaakang ho bala ho 1993 Yearbook hore ho bile le karolelano ea bo-pula-maliboho ba 6 303 ba ka mehla le ba thusang Afrika Boroa, e leng karolelano ea pula-maliboho a le mong ho bahoeletsi ba 8. E, ba 814 ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho selemong se fetileng. Sena se etsa kakaretso ea bahoeletsi ba fetang ba babeli ka letsatsi ba ileng ba hlahloba maemo a bona ’me ba hlokomela hore ba ka etsa ho eketsehileng tšebeletsong.

3 Bopula-maliboho bo thusang ke mokhoa o mong oa ho etsetsa ba bang molemo. Ka April 1992 ho ne ho ena le bo-pula-maliboho ba thusang ba 8 611 Afrika Boroa. Sena sea babatseha. Bahoeletsi ba bangata ba batla litsela tsa ho kenela bopula-maliboho bo thusang khafetsa ka selemo.

4 E le ho bona hore na ebe u ka “ho etsa” kapa che, pele ho hlokahala hore o nahanele takatso ea hao e tsoang pelong. (Matt. 22:37-39) Liketso 20:35 (NW) e re: “Ho fana ho tlisa thabo e eketsehileng ho feta ho fuoa.” Ntle ho pelaelo, ba fanang ka thuso ea moea ka seatla se bulehileng ho tsoa pelong ba na le takatso e nepahetseng. E le hore motho e ka ba mohoeletsi kapa pula-maliboho e atlehang, takatso eo kea bohlokoa.

5 Taba ea bobeli, nahanela maemo a hao a hona joale. Na u ka etsa liphetoho litabeng tsa hao tsa letsatsi le letsatsi hore u sebeletse ka nako e tletseng? Hase bohle ba ka ho etsang. Empa ka mor’a ho itlhahlobisisa ka thapelo, selemo se seng le se seng ba likete ba fumana tsela ea ho “ho etsa.’ (Ba-Kol. 4:5; wSU 6/15/78 leq. 5) Ka mohlala, malapa a mang a khetha likhoeli tse itseng hore litho tse ling kapa litho tsohle tsa lelapa li nke bopula-maliboho bo thusang. Malapa a mang a thusa setho se seng hore ebe pula-maliboho ea ka mehla. Na lelapa la hao le nahanetse menyetla ee?—Bona Liproverbia 11:25.

6 Ho thusa ba bang ho tseba ’nete ke sona se tlisang khotsofalo ea sebele, ho sa tsotellehe hore na u sebeletsa u le mohoeletsi kapa pula-maliboho. Rea tseba hore thabo ea ’nete e hlahisoa ke ho etsetsa ba bang molemo, haholo-holo haeba ho etsahala hore ebe ‘ho matleng a hao ho o etsa.’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela