Pampitšana e Khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso Bakeng sa e Mong le e Mong
1 Ho tloha ka la 24 April, re ile ra qala kabo e akaretsang ea pampitšana e khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso eo hohle e tsositseng thahasello ea batho ba tšoenyehileng! Molaetsa oa eona hase feela hore o nakong empa hape o potlakile. Bahoeletsi liphuthehong tsohle ba bontšitse ho tšehetsa ka pelo eohle, ba batla ho fa batho ba likete molaetsa ona. Na u hahamalla ho ba le karolo e feletseng?
2 Pampitšana ea Litaba Tsa ’Muso e ile ea romeloa phuthehong ka ’ngoe, ha fanoa ka tse ka bang 50 bakeng sa mohoeletsi ka mong le tse 250 bakeng sa pula-maliboho ka mong. U khonne ho aba tse kae? Haeba ha ua khona ho etsa haholo kamoo u neng u nahanne, na u se u nahanne litsela tsa ho etsa ho eketsehileng pele kabo e fela ka la 14 May? Ho thoe’ng ka ho ngolisa joaloka pula-maliboho ea thusang? Na u ka sebelisa hamolemo monyetla oa liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso har’a beke, tse kang tsa bopaki ba mantsiboea?
3 Baholo ba tla hlahloba ka hloko hore na ebe tšimo e akarelitsoe joalokaha ho reriloe. Haeba phutheho e abetsoeng ho sebetsa likarolo tse itseng e tla hlōleha, baholo ba lokela ho tsebisa liphutheho tse haufi hore li thuse. Boiteko ba rōna ba pelo eohle, hammoho le tšebelisano-’moho e ntle pakeng tsa liphutheho, li lokela ho etsa hore mosebetsi o phethoe.
4 Ho ka etsahala hore u fumane thabo e eketsehileng mosebetsing ona hobane ba bangata haholo ba khonne ho kopanela, ho kopanyelletsa le bahoeletsi ba bacha ’neteng le bacha. Re tšepa hore moea ona oa thabo o tla lula o le teng, o khothalletse bohle ho etsa maeto a ho boela ho ba arabetseng hantle. Re ile ra khothalletsoa ho boloka litlaleho tse nepahetseng tsa ntlo le ntlo, ho ngola ba bontšitseng thahasello. Karolo e qetellang ea May e ka ba nako e ntle ea ho lebisa tlhokomelo tabeng ea ho etsa maeto a ho boela ka sepheo sa ho qalisa lithuto tse ncha.
5 Re ka re’ng ha re khutlela? U ka ’na ua fumana ho sebetsa ho re: “Mohlomong u sa hopola boitsebiso bo hatisitsoeng boo ke ileng ka u siela bona haufinyane; ke tšepa hore u fumane monyetla oa ho bo bala le ho nahanisisa ka bona. Ruri molaetsa oa bona o entse hore batho ba be le ho hongata hoo ba buisanang ka hona motseng ona oa rōna, kaha bo ama lintho tsa bohlokoa haholo tseo moloko ’ohle oa batho o tobaneng le tsona.” Bua ka lipolelo tse ling tse susumetsang motho ho nahana ka ho teba tse leng leqepheng la bobeli, ebe ua botsa: “U nahana hore ho hlokahala re etse eng ho tiisa hore re malala-a-laotsoe bakeng sa se tla tlisoa ke bokamoso?” Emela karabo. Haeba ho bontšoa thahasello, bua ka lintlha tse ling tse leng maqepheng a 2-4 ho Litaba Tsa ’Muso, ebe u buella thuto ea Bibele kapa, haeba ho sa khonehe, buella limakasine tsa morao-rao.
6 Haeba u sebetsa tšimong ea phutheho e ’ngoe, tiisa hore u fana ka mabitso a batho leha e le bafe ba thahasellang bao u ba fumaneng e le hore bahoeletsi ba phutheho eo ba ka etsa maeto a ho boela. Ka ho tšoanang, haeba u kōpuoa ho etsa maeto a ho boela, tiisa hore u khutlela hang-hang.
7 Kabo e khethehileng ea Litaba Tsa ’Muso e re thabisitse ’me ea re susumetsa kaofela ha rōna hore re eketse boiteko ba rōna mosebetsing oa boboleli ba ’Muso. Re ka kholiseha hore e tla atleha haholo, e etse hore hohle tsebo ea batho ka lebitso la Jehova le leholo le morero oa hae e eketsehe. (Esa. 12:4, 5) Haeba re khona ho etsa ho eketsehileng, re tla thaba haholoanyane.—Pes. 126:3.