Ho Bolela ’Nete Letsatsi le Leng le le Leng Joaloka Jesu
1 Jesu o ne a e-na le mosebetsi o khethehileng oo a neng a lokela ho o phetha ha a ne a tla lefatšeng. O ne o le bonolo ka mokhoa o makatsang: ‘Ho pakela ’nete.’ (Joh. 18:37) O ile a bolela ’nete ka litšobotsi le merero ea Ntate oa hae e babatsehang. Mosebetsi ona o ne o tšoana le lijo ho eena; bophelo ba hae bohle bo ne bo theiloe ho oona. (Joh. 4:34) Luka o tlaleha hore Jesu o ile a tsoela pele “ho ruta letsatsi le leng le le leng ka tempeleng.” (Luka 19:47) Jesu o ile a sebelisa ka ho felletseng nako e neng e fumaneha. (Joh. 9:4) Nakoana pele ho lefu la hae, o ile a khona ho bolella Ntate oa hae: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, kaha ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona hore ke o etse.”—Joh. 17:4.
2 Ha lipelo tsa rōna li tletse kananelo ka lebaka la sohle seo Jehova a re etselitseng sona, le rōna ka tsela e tšoanang re ikutloa re susumelletseha ho bua ka eena letsatsi le leng le le leng. Re tšoana hantle le barutuoa ba Jesu bao ka sebete ba ileng ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) Ho bua ha bona ka Jehova e ne e le ho tsoelang pele, hobane tlaleho e bolela hore “letsatsi le leng le le leng . . . ba tsoela pele ba sa khaotse.” (Lik. 5:42) Re lokela ho ipotsa, ‘Na ke moetsisi oa Tichere ea ka, Jesu?’
3 Ho Bolela ka ho Potlaka: Jesu o boletse esale pele hore ha molaetsa oa ’Muso o boletsoe lefatšeng lohle, ke “hona bofelo bo tla tla.” (Mat. 24:14) Sena se lokela ho hatisa ho rōna bohlokoa ba ho potlaka ha mosebetsi oa rōna. Kaha ka sebele bophelo ba batho ba limilione bo kotsing, ena ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ka etsoang. Kaha tsamaiso ena ea lintho e haufi le ho fela, nako e setseng ea ho qetella mosebetsi ona e fokotsehile!
4 Litlaleho li bontša hore Jehova o potlakisa ho bokelloa ha batho ba kang linku. (Esa. 60:22) Likarolong tse ngata tsa lefatše, ka tsela ea sebele batho ba phallela ’neteng, ha e le hantle, ka thabo ba re: “Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.” (Zak. 8:23) Ho feta leha e le neng nakong e fetileng, mantsoe a Jesu ke ’nete: “Kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. . . . le kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” (Mat. 9:37, 38) Na seo ha se re susumelletse ho cheseha joaloka barutuoa ba Jesu ba neng “ba le ka tempeleng ka ho tsoelang pele ba boka Molimo”?—Luka 24:53.
5 Tsebahatsa ’Nete Letsatsi le Leng le le Leng: Letsatsi le leng le le leng, re lokela ho batla litsela tsa ho fetisetsa ’nete ho ba bang. Menyetla ea ho etsa sena e fumaneha habonolo. Na u ka nka metsotso e se mekae ho letsetsa motsoalle kapa motho eo u mo tsebang eo u nahanang hore mohlomong a ka arabela hamolemo? Kapa ho thoe’ng ka ho ngolla motho e mong eo u sa mo fumanang lapeng lengolo? Na u kile ua nahana ka ho neha mong’a lebenkele pampitšana ha u il’o reka? Mohlomong u ka nahana ka menyetla e meng e mengata eo u nang le eona letsatsi ka leng ea ho arolelana le ba bang tšepo ea hao. Haeba u etsa boiteko le ho bontša sebete haholoanyane, Jehova u tla u thusa.—1 Bathes. 2:2.
6 Kahoo, ha re qalisa mesebetsi ea letsatsi ka leng, re lokela ho ipotsa, ‘Na ke tla nka bohato ba pele ho arolelana le motho e mong tšepo ea ka haeba monyetla o joalo o ka hlaha kajeno?’ Etsisa boikutlo ba Jesu, ea ileng a hlalosa lebaka leo a neng a rometsoe lefatšeng ka lona: “Ke lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.” (Luka 4:43) Haeba re batla ho tšoana le Tichere ea rōna, re tla etsa se tšoanang.—Luka 6:40.