Kopanela ka Botlalo Kotulong
1 Baprofeta ba Jehova ba boholo-holo hammoho le Jesu Kreste ka boeena ba buile ka mosebetsi oa ho bokella. (Esa. 56:8; Ezek. 34:11; Joh. 10:16) Hona joale mosebetsi oo oa finyelloa ha litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloa lefatšeng ka bophara. (Mat. 24:14) Phapang pakeng tsa ba sebeletsang Molimo le ba sa mo sebeletseng ea totobala. (Mal. 3:18) See se bolela’ng ho rōna?
2 Boikarabelo ba Botho: Re ka ithuta mohlaleng oa Pauluse, ea neng a amehile ka ho feletseng ho etelleng pele tšebeletso ea Bokreste. O ile a ikutloa a e-na le boikarabelo ba ho bolela e le hore batho bohle ba ka ba le monyetla oa ho utloa litaba tse molemo ’me ba pholohe. Sena se ile sa mo susumelletsa hore a ba sebeletse a sa phetse. (Bar. 1:14-17) Ka lebaka la boemo bo kotsi boo moloko oa batho o leng ho bona kajeno, na ha re na boikarabelo bo boholo le ho feta ba ho bolella ba tšimong ea rōna?—1 Bakor. 9:16.
3 Nako ea Bohato bo Potlakileng: Mosebetsi oa ho bolela o ka tšoantšoa le letšolo la ho batla le ho pholosa batho maemong a tšohanyetso. Batho ba lokela ho fumanoa le ho thusoa ho ea sebakeng se sireletsehileng pele e e-ba morao haholo. Nako ea fokola. Bophelo bo kotsing! Hase feela Jesu a ileng a khothalletsa balateli ba hae hore ba “kōpe Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.”—Mat. 9:38.
4 Ba hlokomela ho potlaka ha mehla ea kajeno, basebeletsi ba bangata ba ’Muso ba ekelitse ho kopanela ha bona tšebeletsong ena e pholosang bophelo. Mocha e mong ea bitsoang Hirohisa o ne a lula lapeng la motsoali a le mong le banab’abo ba bane ba mo hlahlamang. O ne a tšehetsa lelapa labo ka hore a tsohe ka hora ea boraro hoseng ho ea tsamaisa likoranta. Ho ntse ho le joalo, Hirohisa o ne a batla ho etsa ho eketsehileng tšebeletsong, kahoo, o ile a qala ho ba pula-maliboho oa kamehla. Na ho na le litsela tseo ka tsona u ka kopanelang ka botlalo haholoanyane mosebetsing oo o ke keng oa hlola o phetoa?
5 “Nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29) Ka hona, e se eka re ka etsa sohle seo re ka se khonang mosebetsing ona oa bohlokoahali o etsoang lefatšeng kajeno—e leng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho etsa barutuoa. Jesu o ile a tšoantša tšebetso ena le mosebetsi oa kotulo. (Mat. 9:35-38) Ka ho kopanela ka botlalo kotulong ena, litholoana tsa mosebetsi oa rōna li ka ’na tsa akarelletsa ho thusa motho e mong ho ba karolo ea bongata bo boholo ba barapeli, bo hlalosoang ho Tšenolo 7:9, 10.