Re Thabela ho Ikakhela ka Setotsoana Tšebeletsong ea Jehova!
1 Moapostola Pauluse o ne a thabela ho “sebelisoa ka ho feletseng” molemong oa hore a phethahatse tšebeletso ea hae ea Bokreste. (2 Bakor. 12:15) Ka ho tšoanang, kajeno Bakreste ba bangata ba sebetsa ka mafolofolo e le bo-pula-maliboho. Ba bang ba nang le boikarabelo bo boima ba lelapa, ba ipha nako ea ho kopanela tšebeletsong beke le beke ho sa tsotellehe hore na ba phathahane hakae. Ba bang ba kulang haholo ba sebelisa matla a bona a fokolang hore ba ntšetse pele mesebetsi e amanang le ’Muso. Ho khothatsa hakaakang ho bona batho ba Jehova ba ikakhela ka setotsoana tšebeletsong ea Jehova, ho sa tsotellehe lilemo tsa bona le maemo a bona!
2 Ho Rata Moahelani: Ha re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebeletsa Jehova ’me re bontša hore re rata Molimo le moahelani, re ba le letsoalo le letle. Kaha Pauluse o ne a ikitlaetsa ka moea oohle ha a bolela litaba tse molemo, o ne a ka bua tjena a thabile: “Ke le bitsetsa hore le pake letsatsing lona lena hore ke hloekile maling a batho bohle.” (Lik. 20:24, 26; 1 Bathes. 2:8) Ha re bolela litaba tse molemo ka hohle kamoo re ka khonang, re ke ke ra ba le molato oa mali.—Ezek. 3:18-21.
3 Rea thaba ha re sebetsa ka thata hore re thuse ba bang. (Lik. 20:35) Mor’abo rōna e mong o ile a re: “Ha shoalane e tšoara, ’me ke khutlela hae ka mor’a letsatsi ke le tšebeletsong ea Jehova, ke ’nete hore ke ikutloa ke khathetse. Empa ke thabile, ’me ke leboha Jehova hore ebe o mphile thabo eo ho seng ea ka nkamohang eona.”
4 Ho Rata Molimo: Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa la hore re ikakhele ka setotsoana tšebeletsong ea Jehova ke hobane seo se khahlisa Ntate oa rōna oa leholimo. Ho rata Molimo ho re susumelletsa hore re boloke litaelo tsa hae, tse akarelletsang ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (1 Joh. 5:3) Esita le ha batho ba sa thahaselle kapa ba hanyetsa, ka thabo re tsoela pele re sebeletsa Jehova ka mafolofolo.
5 Ena hase nako ea ho khoehlisa. Re phela nakong ea kotulo. (Mat. 9:37) Hangata sehoai se sebetsa lihora tse ngata nakong ea kotulo kaha se na le nako e fokolang ea ho bokella lijalo pele li qala ho senyeha. Ka ho tšoanang, nako e behetsoeng kotulo ea moea ea fokola. Ka ho lula re hopola nako eo re phelang ho eona, e se eka bohle re ka tsoela pele ho ikitlaetsa ka matla tšebeletsong.—Luka 13:24; 1 Bakor. 7:29-31.