Sebelisa Nako ea Hao ea Tšimo Hamolemo
1 Ka sebele ho na le ho hongata hoo re ka ho etsang tšebeletsong ea rōna, ’me nako e se e lekane motinyane. (Joh. 4:35; 1 Bakor. 7:29) Ka ho hlophisa lintho hantle esale pele, re ka sebelisa nako ea tšimo hamolemo.
2 Lokisetsa: Pele u ea sebokeng sa tšebeletso ea tšimo, tiiseha hore u na le lingoliloeng tseo u tla li sebelisa ’me u lokiselitse nehelano ea hao. Ka mor’a hore seboka se koaloe ka thapelo, toba tšimong. Sena se tla etsa hore uena le bao u sebetsang le bona le finyelle ho hongata nakong ea tšimo.
3 Haeba u abetsoe ho tšoara seboka sa tšebeletso ea tšimo, qala ka nako. Khutsufatsa seboka seo—se se ke sa feta metsotso e 10 ho ea ho e 15. Pele sehlopha se qhalana, tiiseha hore e mong le e mong oa tseba hore o sebetsa le mang hona hokae.
4 Ha U le Tšimong: Hang ha seboka sa tšebeletso ea tšimo se felile, u se ke ua lieha ho sa hlokahale, empa u tobe tšimong. Haeba u bona hore u tla chaisa kapele tšimong, mohlomong u ka etsa litokisetso e le hore motho eo u sebetsang le eena a se ke a tlameha ho chaisa kapele. Ha u sebetsa le sehlopha, nahanela ba bang bao e ka ’nang eaba ba u emetse. Mohlomong ho ka hlokahala hore u khaotse moqoqo ka bohlale haeba mong’a ntlo a pheha khang kapa u lokisetse ho khutlela ho ea thahasellang.—Mat. 10:11.
5 Ha u etsa maeto a ho boela, u ka qoba ho tsamaea sebaka se selelele ho sa hlokahale ka hore u etse a sebakeng se le seng pele u fetela ho se seng. Mohlomong u ka letsetsa batho ba itseng ho etsa bonnete ba hore ba tla be ba le teng hae.—Liprov. 21:5.
6 Re phela nakong ea kotulo e khōlō ea moea. (Mat. 9:37, 38) Mosebetsi ona o tla tloha o fela. Ka lebaka leo, re lokela ho ikemisetsa ho sebelisa nako ea rōna hamolemo ha re le tšimong.