Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Ho Baheberu 2:14, ke hobane’ng ha Satane a bitsoa “ea nang le mokhoa oa ho baka lefu”?
Ka bokhutšoanyane, Pauluse o ne a bolela hore Satane, ebang ke ka ho toba kapa ke ka baemeli ba hae, a ka baka lefu la batho. Tumellanong le sena, Jesu o ile a re Satane “e ne e le ’molai ha a qala.”—Johanne 8:44.
Baheberu 2:14 e ka ’na ea utloisisoa hampe ka lebaka la tsela eo liphetolelo tse ling li e fetolelang ka eona, ha li re Satane o na le “matla a lefu” kapa “matla holim’a lefu.” (King James Version; Bibele Phetolelo e Ncha) Liphetolelo tse joalo li ka etsa hore ho bonahale eka Satane o na le matla a feletseng a ho bolaea mang kapa mang eo a batlang ho mo bolaea. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ha ho joalo. Haeba ho ne ho le joalo, mohlomong e ka be e le khale a qetile barapeli ba Jehova mona lefatšeng.—Genese 3:15.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “matla holim’a lefu” liphetolelong tse ling le “mokhoa oa ho baka lefu” Phetolelong ea Lefatše le Lecha ke “kraʹtos tou tha·naʹtou.” Tou tha·naʹtou ke mofuta o mong oa polelo e bolelang “lefu.” Ha e le hantle, kraʹtos e bolela “matla, bonatla, sefutho.” Ho latela Theological Dictionary of the New Testament, e bolela “ho ba le matla eseng ho a sebelisa.” Kahoo, ho Baheberu 2:14, Pauluse ha a bolele hore Satane o na le matla a feletseng holim’a lefu. Ho e-na le hoo, o bua ka matla a Satane kapa bokhoni ba hae ba ho baka lefu.
Satane o sebelisa “mokhoa oa ho baka lefu” joang? Bukeng ea Jobo, re bala ka ketsahalo e ’ngoe eo e ka ’nang eaba ke ketsahalo e ikhethang. Tlaleho ena e bolela hore Satane o ile a sebelisa sefefo ‘ho baka lefu’ la bana ba Jobo. Leha ho le joalo, hlokomela hore Satane o ne a ka etsa sena feela ka tumello ea Molimo, eo a ileng a fana ka eona ka lebaka la khang ea bohlokoa e neng e lokela ho rarolloa. (Jobo 1:12, 18, 19) Ka sebele, Satane ha aa ka a khona ho bolaea Jobo. Ha aa ka a lumelloa ho etsa joalo. (Jobo 2:6) Sena se bontša hore le hoja ka linako tse ling Satane a ile a khona ho baka lefu la batho ba tšepahalang, ha ho hlokahale hore re tšabe hore a ka re bolaea neng kapa neng ha a rata.
Hape Satane o ’nile a baka lefu a sebelisa batho. Ka lebaka la sena, Bakreste ba bangata ba ile ba shoela tumelo ea bona, ba bang ba bolaoa ke mahoohoo a halefileng kapa ba bolaoa ka ho se nang toka ka taelo ea ba boholong ’musong kapa baahloli ba babe.—Tšenolo 2:13.
Ho feta moo, ka linako tse ling Satane o ’nile a baka lefu ka ho nka monyetla ka mefokolo ea batho. Nakong e fetileng mehleng ea Baiseraele, moprofeta Balame o ile a eletsa Bamoabe hore ba eke Baiseraele “hore ba se ke ba tšepahala ho Jehova.” (Numere 31:16) Sena se ile sa baka lefu la Baiseraele ba fetang 23 000. (Numere 25:9; 1 Bakorinthe 10:8) Kajeno, ba bang ka ho tšoanang ba thetsoa ke “maqiti” a Satane ’me ba ekoa hore ba etse boitšoaro bo bobe kapa mekhoa e meng e sa bontšeng ho tšaba Molimo. (Baefese 6:11) Ke ’nete hore hangata ba joalo ha ba shoe hang-hang. Empa ba kotsing ea ho lahleheloa ke monyetla oa ho fumana bophelo bo sa feleng, ’me ka tsela ena Satane o baka lefu la bona.
Le hoja re lemoha hore Satane o na le bokhoni ba ho utloisa batho bohloko, ha ho hlokahale hore re mo tšabe ka ho feteletseng. Ha Pauluse a ne a re Satane o na le mokhoa oa ho baka lefu, o ile a boela a re Kreste o shoele e le hore “a ka etsa [Satane] lefeela . . . le hore a ka lokolla bohle bao ka ho tšaba lefu ba neng ba le tlas’a bokhoba bophelong bohle ba bona.” (Baheberu 2:14, 15) E, Jesu o ile a lefa thekollo kahoo a lokolla batho ba nang le tumelo, bokhobeng ba sebe le lefu.—2 Timothea 1:10.
Ho hlakile hore ke taba e tebileng ho nahana hore Satane o na le mokhoa oa ho baka lefu, empa re kholisehile hore Jehova a ka etsolla bohloko leha e le bofe bo bakiloeng ke Satane le bao a ba sebelisang. Jehova o re tiisetsa hore Jesu ea tsositsoeng bafung o tla “qhaqha mesebetsi ea Diabolose.” (1 Johanne 3:8) Ka matla a Jehova, Jesu o tla tsosa bafu, kahoo a etse lefu lefeela. (Johanne 5:28, 29) Qetellong, ha Jesu a koalla Satane ka mohohlong, o tla pepesa ka tsela e hlollang hore Satane ha a na matla a feletseng. Qetellong Satane o tla timetsoa ka ho sa feleng.—Tšenolo 20:1-10.