Balebeli ba Etellang Pele—Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho
1 Ke tokelo e ikhethang hore moholo ea tšoanelehang kapa mohlanka ea sebeletsang a sebeletse e le mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho. Ke boikarabelo bo tebileng ho hlokomela litlhoko tsa moea tsa ba leng sehlopheng sa hae. Mosebetsi oa hae o likarolo li tharo.
2 Ho Ruta ka Tsela e Atlehileng: Hore a fetisetse kutloisiso sehlopheng beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho hlokahala hore mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho a lokisetse ka botlalo. O batla ho susumetsa ba bang hore ba ananele boitsebiso bo ithutoang. Ho e-na le hore a etse litlhaloso tse telele ka boeena nakong ea thuto, ha ho hlokahala o tla phahamisa lipotso tse loketseng hore a totobatse lintlha tsa sehlooho tsa thuto. Phephetso ea hae ke ho etsa hore thuto e be e thahasellisang le e rutang le ho etsa hore e mong le e mong a kopanele puisanong. Sepheo sa hae ke ho haha moeeng, ho totobatsa lintlha tsa bohlokoa tse sebetsang tsa thuto le ho etsa hore boitsebiso boo bo finyelle kelellong le pelong.—1 Bathes. 2:13.
3 Bolisa bo Thusang: Mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho o “joalo ka tšireletso ha moea o foka, joalo ka lehaha ha sefefo se e-tla.” (Esa. 32:2) Ka sebele o hlokomela bohle ba leng sehlopheng sa hae ’me o ela hloko hore ho fanoa ka thuso ea moea ha e mong oa ba leng tlhokomelong ea hae a nyahame.—Ezek. 34:15, 16; 1 Bathes. 2:7, 8.
4 Ho Bolela Evangeli ka Cheseho: Mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho o hlokolosi ka ho etsa litokisetso tse sebetsang tsa hore bohle ba leng sehlopheng sa hae ba kopanele ka botlalo tšebeletsong ea tšimo. O etella pele mosebetsing oa ho bolela evangeli, a tseba hore ha a e-ba teng kamehla, a bontša cheseho le mafolofolo tšebeletsong, hoo ho tla bonahatsoa ho bohle ba leng sehlopheng. (Bakol. 4:17; 2 Bathes. 3:9) Ka nako e loketseng, o etsa boiteko ba ho sebetsa tšebeletsong le setho ka seng sa sehlopha sa hae. Haeba re batla ho chorisa bohlale ba rōna ba ho bolela le ho ruta tšebeletsong, mokhanni oa Thuto ea Buka ea Phutheho a ka re thusa ho finyella pakane eo ea rōna.—1 Tim. 4:16; 2 Tim. 4:5.
5 Ka sebele re hlohonolofalitsoe ka limpho tsena tsa banna ba lutseng e le malala-a-laotsoe ho re thusa moeeng le ho re tšehetsa ka lerato. (1 Bathes. 5:14) E se eka re ka bontša kananelo ea rōna bakeng sa tokisetso ena e babatsehang e tsoang ho Jehova ka ho kopanela kamehla thutong ea buka le ho tšehetsa ka botšepehi mosebetsi oa ho bolela evangeli.—Baheb. 10:25.