Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January
Beke e Qalang ka la 4 January
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Haeba nako ea liboka e fetohile ka la 1 January, hopotsa bohle ho sebelisa limemo tse bontšang kemiso e ncha. Etsa pontšo ea ho nehelana ka mpho ea khoeli, ho akarelletsa le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste haeba e le teng.
15 mets: Litlhoko tsa phutheho.
15 mets: “Sebelisang ho se Fele Pelo.” Puisano pakeng tsa litho tsa lelapa. Li hlahloba litsela tseo ka tsona li ka bontšang ho se fele pelo ka tekanyo e khōloanyane tšebeletsong ea tsona. Akarelletsa le litlhaloso tse loketseng tse hlahang ho Molula-Qhooa oa June 15, 1995, leqepheng la 12.
Pina 61 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 11 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.
15 mets: Kutlo ea Bomolimo Lelapeng le Arohaneng Bolumeling. Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa oa June 1, 1995, leqepheng la 26-9. Fana ka khothatso e mosa le keletso tse tla thusa ba nang le balekane ba sa lumelang hore ba lule ba e-na le boikutlo bo nepahetseng ’me ba kopanela ka mafolofolo le phutheho.
20 mets: “Balebeli ba Etellang Pele—Bakhanni ba Thuto ea Buka ea Phutheho.” Puo ka mokhanni oa thuto ea buka ea behang mohlala, ea hlahlobang mesebetsi ea hae. O bontša kamoo mosebetsi o joalo o tlatsetsang kateng tsoelo-pelong le boiketlong ba phutheho. Akarelletsa le lintlha tsa sehlooho tse hlahang ho Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna, leqepheng la 43-5, 74-6.
Pina 135 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 18 January
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Lokisetsa Hona Joale ho Khomarela Molao oa Molimo Tabeng ea Mali. Moholo ea tšoanelehang o bua ka bohlokoa ba ho tlatsa karete ea Advance Medical Directive/Release. Ka mor’a seboka sena, Lipaki tse kolobelitsoeng li tla fuoa karete e ncha, ’me ba nang le bana ba banyenyane ba tla fumana Identity Card bakeng sa ngoana ka mong. Likarete tsena ha lia lokela ho tlatsoa mantsiboeeng ana. Li lokela ho tlatsoa ka hloko lapeng empa LI SE KE tsa saenoa. Ho saena, ho paka le ho ngola letsatsi likareteng tsohle ho tla etsoa ka mor’a Thuto ea Buka ea Phutheho bekeng e latelang tlas’a tlhokomelo ea mokhanni oa thuto ea buka. Pele le saena, etsang bonnete ba hore likarete li tlatsitsoe ka ho feletseng. Ba saenang e le lipaki ba lokela hore ba bone mong’a karete a hlile a saena tokomane ena. Ka ho lumellanya mantsoe a leng kareteng ena le maemo a bona le seo ba se lumelang, bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba ka ingolla likarete tsa bona hammoho le tsa bana ba bona tseo ba tla li sebelisa. Bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho etsa lethathamo le tšoauoang ho tiisa hore bohle ba abetsoeng sehlopheng sa bona ba fumana thuso eo ba e hlokang hore ba tlatse likarete tsa Advance Medical Directive/Release. Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bona lengolo la la 15 October, 1992. Ha nako e lumela, lebisa tlhokomelo ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea December 8, 1998, leqepheng la 18-21.
25 mets: “Ho Qalisa Lithuto ka Bukana ea Seo a se Hlokang.” Puisano ka lipotso le likarabo. Etsa pontšo ka nehelano e serapeng sa 6. Memela bamameli ho hlalosa hore na ba bile le katleho efe ha ba sebelisa bukana ea Seo a se Hlokang.
Pina 197 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka la 25 January
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hopotsa bahoeletsi bohle hore ba fane ka litlaleho tsa tšebeletso ea tšimo bakeng sa January.
15 mets: “Phetoho Mabapi le Lihora Tse Hlokahalang Tsa Bo-pula-maliboho.” Puo ka moholo. Babatsa bo-pula-maliboho ba phutheho, ’me u khothalletse bahoeletsi ba eketsehileng ho nka tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang le ba kamehla, ba ntse ba hopotse ka tšebetso e eketsehileng ka March, April le May. Akarelletsa le boitsebiso bo hlahang ho likenyelletso tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1997 le July 1998.
20 mets: Na U Hlahlobisisa Mangolo Kamehla? Puo le puisano le bamameli. Selemo le selemo Mokhatlo o lokisetsa bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla. Na uena u le mong kapa le le lelapa le sebelisa khatiso ee hamolemo? Hlalosa mabaka ao ka ’ona ho leng molemo ho hlahloba temana ea letsatsi le letsatsi. Tšohla litlhaloso tse hlahang selelekeleng sa Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—1999, leqepheng la 3-4. Mema bamameli hore ba hlalose boiteko bo khethehileng boo ba bo etsang hore ba hlahlobe temana ea letsatsi ’me ba fane ka litlhaloso ka botšepehi e le batho ka bomong le malapa.
Pina 225 le thapelo e koalang.