2 Bakorinthe
12 Ke lokela ho ithorisa. Ha ho molemo; empa ke tla fetela liponong+ tse phahametseng matla a tlhaho le litšenolong tsa Morena. 2 Ke tseba motho ea bonngoeng le Kreste eo, lilemong tse leshome le metso e mene tse fetileng—ebang ke ka ’mele ha ke tsebe, kapa kantle le ’mele ha ke tsebe; Molimo oa tseba—a ileng a nkeloa+ a le joalo leholimong la boraro. 3 E, ke tseba motho ea joalo—ebang e ne e le ka ’mele kapa kantle le ’mele,+ ha ke tsebe, Molimo oa tseba— 4 hore o ile a nkeloa paradeiseng+ ’me a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue. 5 Ke tla ithorisa ka motho ea joalo, empa nke ke ka ithorisa ka ’na, haese mabapi le mefokolo ea ka.+ 6 Etsoe haeba ke fela ke batla ho ithorisa,+ nke ke ka ba ea se nang kahlolo e molemo, kaha ke tla bolela ’nete. Empa kea ithiba, e le hore ho se ke ha e-ba le ea nkekeletsang ho feta seo a mponang ke le sona kapa a se utloang ho ’na, 7 feela ka lebaka la bongata bo fetisisang ba litšenolo.
Ka hona, e le hore ke se ke ka ikutloa ke phahame ka ho fetisisa,+ ke ile ka fuoa moutloa nameng,+ lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele, e le hore ke se ke ka phahama ka ho fetisisa. 8 Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo+ mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na; 9 leha ho le joalo ka sebele o ile a re ho ’na: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane;+ kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.”+ Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e khōlō ke tla ithorisa mabapi le mefokolo+ ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim ’a ka joaloka tente. 10 Ka hona ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.+
11 Ke fetohile ea se nang kahlolo e molemo. Le ntšusumelelitse+ hona, kaha ke ne ke tšoanela hore ebe ke bueletsoe ke lōna. Etsoe ha kea ka ka ba ea tlaasana ka ntho le e ’ngoe ho baapostola ba lōna ba lokileng ho tlōla,+ esita le haeba ha ke letho.+ 12 Ka sebele, lipontšo tsa moapostola+ li ile tsa hlahisoa har’a lōna ka mamello eohle,+ le ka lipontšo le limakatso le mesebetsi e matla.+ 13 Etsoe ke mabapi le eng le ileng la ba tlaase ho feta liphutheho tse ling kaofela, haese hore ha kea ka ka ba moroalo ho lōna?+ Ka mosa ntšoareleng phoso ena.
14 Bonang! Lena ke lekhetlo la boraro+ ke loketse ho tla ho lōna, ’me leha ho le joalo nke ke ka ba moroalo. Etsoe ha ke batle matlotlo a lōna,+ empa ke batla lōna; kaha bana+ ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona, empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.+ 15 Ka nyakallo e khōlō ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa meea+ ea lōna. Haeba ke le rata ka ho eketsehileng haholo, na ke lokela ho ratoa hanyenyane? 16 Empa leha ho ka ba joalo, ha kea ka ka le imetsa.+ Leha ho le joalo, le re, ke ne ke le “bolotsana” ’me ke ile ka le tšoasa “ka ho qhekella.”+ 17 Ha e le mang kapa mang oa bao ke ba romileng ho lōna, ha kea ka ka ithuisa molemo ka lōna ka eena, na ha ho joalo? 18 Ke ile ka phehella Tite ’me ka roma mor’eso le eena. Tite ha aa ka a ithuisa molemo ka lōna ho hang, na ha ho joalo?+ Re ile ra tsamaea ka moea o tšoanang,+ na ha ho joalo? Ka mehato e tšoanang, na ha ho joalo?
19 Na ka nako ena kaofela le ne le ntse le nahana hore re ne re ntse re itšireletsa ho lōna? Re bua ka pel’a Molimo mabapi le Kreste. Empa, baratuoa, lintho tsohle li bakeng sa ho le haha.+ 20 Etsoe ke tšaba hore ka tsela e itseng, ha ke fihla,+ nka le fumana le se kamoo ke neng nka lakatsa kateng ’me ho lōna ke se ke ka ba kamoo le neng le ka lakatsa kateng, empa, ho e-na le hoo, ka tsela e itseng ho ka ba le ho qabana, poulelo,+ maemo a ho halefa, likhang, ho buana hampe, mehoeshetso, maemo a ho ikhohomosa, ho hloka taolo.+ 21 Mohlomong, ha ke tla hape, Molimo oa ka a ka nkokobetsa har’a lōna, ’me nka siama ka lebaka la ba bangata bao pele ba ileng ba etsa sebe+ empa ba sa bakela ho se hloeke le bohlola+ le boitšoaro ba bona bo hlephileng+ boo ba ’nileng ba tloaela ho bo etsa.