Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Johanne 1:1-21:25
  • Johanne

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Johanne
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Johanne

KOSEPELE EA JOHANNE

1 Qalong Lentsoe o ne a le teng,+ a e-na le Molimo.+ Lentsoe e ne e le molimo.+ 2 O ne a e-na le Molimo qalong. 3 Lintho tsohle li bile teng ka eena.+ Ha ho letho le bileng teng haese ka eena.

4 Bophelo bo bile teng ka eena ’me bophelo e ne e le leseli ho batho.+ 5 Leseli leo le khanya lefifing+ empa lefifi ha lea le hlola.

6 Monna e mong o ile a rongoa ke Molimo e le moemeli oa hae. Lebitso la hae e ne e le Johanne.+ 7 Monna enoa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le leseli+ e le hore batho bohle ba ka lumela ka lebaka la hae. 8 Eena e ne e se leseli leo+ empa o ne a tletse ho tla fana ka bopaki bo mabapi le lona.

9 Leseli la ’nete le khantšetsang batho bohle le ne le le haufi le ho tla lefatšeng.+ 10 O ne a le teng lefatšeng.+ Lefatše le bile teng ka eena+ empa lefatše ha lea ka la mo tseba. 11 O ile a tla ha habo empa batho ba habo ha baa ka ba mo amohela. 12 O ile a lumella bohle ba mo amohetseng hore e be bana ba Molimo+ hobane ba ne ba bontša hore ba na le tumelo lebitsong la hae.+ 13 Ha baa ka ba tsoaloa e le batho ba nama le mali kapa ka lebaka la thato ea motho empa ba tsoetsoe ke Molimo.+

14 Lentsoe e ile ea e-ba motho,+ a phela har’a rona eaba re bona khanya ea hae. Ke khanya e joaloka ea mora ea mong*+ ea tsoang ho ntate. O ne a tšehelitsoe ke Molimo kahohle-hohle a bile a bua ’nete ka linako tsohle. 15 Johanne o ile a paka ka eena a hoeletsa a re: “Enoa ke eena eo ke ileng ka re ka eena, ‘Ea tlileng pele ho ’na o se a fetetse ka pel’a ka hobane o bile teng pele ho ’na.’”+ 16 Kaofela re ile ra fumana mosa* oa hae o khaphatsehang hobane mosa oa hae o mongata. 17 Molao o ile oa tla ka Moshe,+ mosa+ le ’nete tsona tsa tla ka Jesu Kreste.+ 18 Ha ho motho ea kileng a bona Molimo.+ Ke mora ea mong ea tšoanang le Molimo*+ ea bileng a leng haufi le Ntate*+ ea hlalositseng hore na Molimo ke mang.+

19 Ha Bajuda ba roma baprista le Balevi ho tsoa Jerusalema hore ba botse Johanne hore na ke mang,+ Johanne o ile a fana ka bopaki bona. 20 A bua a sa hlathe koana le koana a re: “Ha ke Kreste.” 21 Ba re ho eena: “Joale u mang? Na u Elia?”+ A re: “Che.” Ba re: “Na u Moprofeta?”+ A re: “Ha ho joalo.” 22 Ba re ho eena: “Re bolelle hore na u mang re tsebe ho araba batho ba re rommeng. Re joetse hore na u mang.” 23 A re: “Ke ’na ea hoeletsang lefeelleng ea reng, ‘Otlollang tsela ea Jehova,’*+ feela joalokaha moprofeta Esaia a boletse.”+ 24 Batho bao ba ne ba ronngoe ke Bafarisi. 25 Ba re ho eena: “Haeba ha u Kreste, ha u Elia kapa Moprofeta ea tlang, joale ke hobane’ng ha u kolobetsa batho?” 26 Johanne a re: “’Na ke kolobetsa ka metsi. Ho na le motho har’a lona eo le sa mo tsebeng. 27 Ke eena ea tlang ka mor’a ka, eo ke sa tšoaneleheng ho fasolla marapo a lieta* tsa hae.”+ 28 Lintho tsena li ile tsa etsahala Bethani ka nģ’ane ho Jordane moo Johanne a neng a kolobetsa teng.+

29 Ka le hlahlamang, a bona Jesu a tla ho eena eaba o re: “Bonang Konyana+ ea Molimo e tlosang sebe+ sa lefatše.+ 30 Ke eena eo ke ileng ka re ka eena: ‘Ea tlileng pele ho ’na o se a fetetse ka pel’a ka hobane o bile teng pele ho ’na.’+ 31 Le ’na ke ne ke sa mo tsebe empa ke kolobetsa ka metsi e le hore a ka tsebahala Iseraele.”+ 32 Johanne a paka a re: “Ke bone moea o theoha leholimong o le joaloka leeba eaba o lula holim’a hae.+ 33 Le ’na ke ne ke sa mo tsebe empa Ea nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na: ‘Motho eo u bonang moea o theohela holim’a hae ebe oa lula,+ ke eena ea kolobetsang ka moea o halalelang.’+ 34 Ke bone ha e etsahala ebile kea paka hore enoa ke Mora oa Molimo.”+

35 Ka le hlahlamang, Johanne o ne a boetse a eme le barutuoa ba hae ba babeli. 36 Eitse ha a bona Jesu a feta a re: “Bonang Konyana+ ea Molimo.” 37 Ha barutuoa bao ba babeli ba utloa a cho joalo, ba latela Jesu. 38 Jesu a hetla, a bona ba mo setse morao eaba o re ho bona: “Le batla’ng?” Ba re ho eena: “Rabi, (eo ha e fetoleloa e leng “Mosuoe”) u lula kae?” 39 A re ho bona: “Tloong le tla bona.” Eaba baa ea, ba bona moo a lulang ’me ba lula le eena letsatsing leo. E ne e ka ba hora ea bone mantsiboea.* 40 Andrease+ ngoan’abo Simone Petrose ke e mong oa ba babeli ba ileng ba utloa hore na Johanne o itse’ng eaba ba sala Jesu morao. 41 Ntho ea pele eo a ileng a e etsa ke ho ea ho Simone ngoan’abo eaba o re ho eena: “Re fumane Mesia”+ (eo ha e fetoleloa e leng “Kreste”). 42 A mo isa ho Jesu. Ha Jesu a mo sheba a re: “U Simone+ mora oa Johanne. U tla bitsoa Kefase” (eo ha e fetoleloa e leng “Petrose”).+

43 Ka le hlahlamang Jesu a rera ho ea Galilea. A kopana le Filipi+ eaba o re ho eena: “E-ba morutuoa oa ka.” 44 Habo Filipi e ne e le Bethsaida motseng oa habo Andrease le Petrose. 45 Filipi a fumana Nathanaele+ ’me a re ho eena: “Re fumane Jesu mora oa Josefa+ ea tsoang Nazaretha eo Molao oa Moshe le libuka tsa Baprofeta li buang ka eena.” 46 Empa Nathanaele a re ho eena: “Na ho na le letho le molemo le ka tsoang Nazaretha?” Filipi a re ho eena: “Tl’o bone.” 47 Ha Jesu a bona Nathanaele a tla ho eena a re: “Enoa kannete ke Moiseraele ea se nang bolotsana.”+ 48 Nathanaele a re ho eena: “U ntsebella kae?” Jesu a re: “Ke u bone u le tlas’a sefate sa feie* pele Filipi a u bitsa.” 49 Nathanaele a re: “Rabi, u Mora oa Molimo, u Morena oa Iseraele.”+ 50 Jesu a re: “Na u lumela hobane ke itse ke u bone tlas’a sefate sa feie? U tla bona lintho tse kholo ho feta tsena.” 51 A boela a re: “Kea le tiisetsa hore le tla bona leholimo le bulehile ’me mangeloi a Molimo a nyoloha le ho theohela ho Mor’a motho.”+

2 Ka letsatsi la boraro ho ne ho e-na le lechato Kana e Galilea, ’mè oa Jesu o ne a le teng moo. 2 Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba menngoe lechatong leo.

3 Ha veine e fela, ’mè oa Jesu a re ho eena: “Ha ba na veine.” 4 Empa Jesu a re ho eena: “’Na le uena re kena kae tabeng eo?* Nako ea ka ha e e-s’o fihle.” 5 ’Mè oa hae a re ho basebeletsi: “Le etse eng kapa eng eo a le bolellang eona.” 6 Ho ne ho e-na le linkho tsa lejoe tse tšeletseng tse tšelang metsi tse neng li le teng bakeng sa ho itlhoekisa ho ea ka molao oa Bajuda.+ Nkho ka ’ngoe e ne e tšela lilithara tse ka bang 44 ho ea ho tse 66.* 7 Jesu a re ho bona: “Tlatsang linkho tseo ka metsi.” Eaba ba li tlatsa tsoete! 8 A re ho bona: “Khang a mang ka moo, le a ise ho motsamaisi oa mokete.” Kahoo ba a isa. 9 Motsamaisi oa mokete a latsoa metsi a neng a se a fetotsoe veine. O ne a sa tsebe hore na e tsoa kae empa basebeletsi ba neng ba khile metsi bona ba ne ba tseba. Kahoo, motsamaisi oa mokete a bitsa monyali 10 a re ho eena: “Batho ba atisa ho ntša veine ea boleng bo phahameng pele ebe ha batho ba se ba tahiloe ke hona ba ntšang ea boleng bo tlase. Uena esale u boloka veine ea boleng bo phahameng ho fihlela hona joale.” 11 Ntho ena eo Jesu a e entseng ha a le motseng oa Kana o Galilea e ne e le mohlolo oa hae oa pele. Ka ho etsa joalo a bonahatsa matla*+ a hae ’me barutuoa ba hae ba lumela ho eena.

12 Ka mor’a moo eena, ’mè oa hae, bana babo+ le barutuoa ba hae ba ea Kapernauma+ empa ha baa ka ba lula moo nako e telele.

13 Paseka+ ea Bajuda e ne e le haufi eaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 14 Ha a fihla ka tempeleng a fumana batho ba rekisa likhomo, linku le maeba.+ Ba chenchang lichelete* le bona ba ne ba lutse litulong. 15 A etsa sephali sa liropo, a lelekela bohle ba nang le linku le likhomo ka ntle ho tempele, a qhala lichelete tsa tšepe tsa ba chenchang lichelete le ho phethola litafole tsa bona.+ 16 Eaba o re ho ba rekisang maeba: “Tlosang lintho tsena mona! Tlohelang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea khoebo!”+ 17 Barutuoa ba hae ba hopola hore mangolo a re: “Cheseho ea ka bakeng sa ntlo ea hao e tla tuka.”+

18 Bajuda ba re ho eena: “U ka etsa mohlolo ofe ho re bontša+ hore u na le matla a ho etsa lintho tsee?” 19 Jesu a re ho bona: “Heletsang tempele ena ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.”+ 20 Bajuda ba re: “Tempele ena e hahuoe ka lilemo tse 46, joale uena u re u tla e tsosa ka matsatsi a mararo?” 21 Empa tempele eo Jesu a neng a bua ka eona e ne e le ’mele oa hae.+ 22 Ha a se a tsositsoe bafung, barutuoa ba hae ba hopola hore o ne a hlola a cho joalo.+ Kahoo, ba lumela litaba tse ka mangolong le tseo Jesu a li buileng.

23 Ha a le moketeng oa Paseka Jerusalema, batho ba bangata ba lumela ho eena* ha ba bona mehlolo eo a neng a e etsa. 24 Empa Jesu o ne a sa ba tšepe haholo hobane o ne a ba tseba kaofela 25 hape o ne a sa hloke ho hlalosetsoa hore na batho ba nahana joang hobane o ne a tseba menahano ea batho.+

3 Ho ne ho e-na le monna e mong oa Mofarisi ea bitsoang Nikodemase.+ E ne e le moeta-pele oa Bajuda. 2 A tla ho Jesu bosiu+ eaba o re ho eena: “Rabi,+ rea tseba hore u mosuoe ea rometsoeng ke Molimo hobane ha ho na motho ea ka etsang mehlolo ena+ ntle le ha a tšehelitsoe ke Molimo.”+ 3 Jesu a re ho eena: “Kea u tiisetsa hore ha motho a sa tsoaloe hape+ a ke ke a bona ’Muso oa Molimo.”+ 4 Nikodemase a re: “Motho a ka tsoaloa joang a se a le moholo? Ha ho na motho ea ka khutlelang ka popelong ea ’mè oa hae eaba o tsoaloa hape.” 5 Jesu a re: “Kea u tiisetsa hore ha ho na motho ea tla kena ’Musong oa Molimo a sa tsoaloa ka metsi+ le ka moea.+ 6 Se tsoetsoeng ka nama ke nama, se tsoetsoeng ka moea ke moea. 7 U se ke oa ’makalla ha ke re le tlameha ho tsoaloa hape. 8 Moea o fokela moo o batlang. Motho o utloa molumo oa oona empa ha a tsebe hore na o tsoa kae le hore na o ea kae. Ho joalo le ka bohle ba tsoetsoeng ka moea.”+

9 Nikodemase a re ho eena: “Lintho tsee li ka etsahala joang?” 10 Jesu a re: “Ho tla joang hore ebe u mosuoe oa Iseraele empa u sa tsebe lintho tsee? 11 Kea u tiisetsa hore re bua ntho eo re e tsebang ebile re paka ntho eo re e boneng empa lona ha le amohele bopaki boo re fanang ka bona. 12 Haeba ha lea ka la lumela ha ke le bolella lintho tsa lefatše, le tla lumela joang ha ke le bolella tsa leholimo? 13 Ha ho motho ea nyolohetseng leholimong+ haese ea theohileng teng+ e leng Mor’a motho. 14 Mor’a motho o tla phahamisoa+ feela joalokaha Moshe a ile a phahamisa noha lefeelleng+ 15 e le hore bohle ba lumelang ho eena ba ka fumana bophelo bo sa feleng.+

16 Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea mong*+ e le hore e mong le e mong ea bontšang hore o lumela ho eena a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.+ 17 Molimo ha aa romela Mora oa hae lefatšeng hore a ahlole lefatše empa hore lefatše le pholosoe ka eena.+ 18 Motho ea bontšang hore o lumela ho eena a ke ke a ahloloa.+ Ea sa bontšeng tumelo o se a ahlotsoe hobane ha aa bontša tumelo lebitsong la Mora ea mong oa Molimo.+ 19 Leseli le tlile lefatšeng+ empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli kaha mesebetsi ea bona e ne e le mebe, ke kahoo ba tla ahloloa. 20 Ea tloaetseng ho etsa lintho tse fosahetseng o hloile leseli ’me ha a tle leseling e le hore mesebetsi ea hae e se ke ea senoloa.* 21 Empa ea etsang lintho tse lokileng o tla leseling+ e le hore mesebetsi ea hae e ka bonahatsoa hore e lumellana le thato ea Molimo.”

22 Ka mor’a moo, Jesu le barutuoa ba hae ba ea Judea eaba o qeta nako a le moo le bona a bile a ntse a kolobetsa batho.+ 23 Johanne le eena o ne a kolobetsa batho a le Aenone haufi le Salime hobane metsi a le mangata moo.+ Batho ba ne ba tla ho eena ho tla kolobetsoa.+ 24 Ka nako eo, Johanne o ne a e-s’o koalloe teronkong.+

25 Barutuoa ba Johanne ba pheha khang le Mojuda e mong ka taba ea tlhoekiso. 26 Ba ea ho Johanne ba re: “Rabi, motho eane eo u re boleletseng ka eena eo u neng u e-na le eena ka nģ’ane ho Jordane,+ o ntse a kolobetsa batho ’me batho bohle ba ea ho eena.” 27 Johanne a re: “Ha ho ntho eo motho a ka bang le eona ntle le ha a e filoe ho tsoa leholimong. 28 Lea tseba hore ke itse ha ke Kreste+ empa ke rometsoe pele ho eena.+ 29 Monyaluoa ke oa monyali.+ Empa ha motsoalle oa monyali a eme haufi ’me a mo utloa, o thaba haholo. Kahoo ke thabile haholo. 30 Mosebetsi oa hae o tla ’ne o eketsehe ha oa ka o fokotseha.”

31 Ea tsoang leholimong+ o okametse ba bang kaofela. Ea tsoang lefatšeng o bua ka lintho tsa lefatše hobane a tsoa lefatšeng. Ea tsoang leholimong o okametse ba bang kaofela.+ 32 O paka seo a se boneng le ho se utloa+ empa ha ho motho ea amohelang bopaki ba hae.+ 33 Ea amohetseng bopaki ba hae o netefalitse* hore Molimo o bua ’nete.+ 34 Motho eo Molimo a mo rometseng o bua litaba tsa Molimo+ kaha Molimo ha a timane ka moea oa hae. 35 Ntate o rata Mora+ ’me o mo file lintho tsohle.+ 36 Ea bontšang hore o lumela ho Mora o tla fumana bophelo bo sa feleng.+ Ea sa mo mameleng a ke ke a bo fumana+ empa khalefo ea Molimo e tla sala holim’a hae.+

4 Ha Jesu a hlokomela hore Bafarisi ba utloile hore o etsa barutuoa ba bangata+ ho feta Johanne ebile oa ba kolobetsa, 2 (le hoja Jesu e ne e se eena ea kolobetsang batho empa ba kolobetsoa ke barutuoa ba hae) 3 a tloha Judea eaba o khutlela Galilea. 4 O ile a tlameha ho feta le Samaria. 5 A fihla motseng oa Samaria o bitsoang Sikare haufi le tšimo eo Jakobo a ileng a e fa mora oa hae Josefa.+ 6 Seliba sa Jakobo se ne se le hona moo.+ Kaha Jesu o ne a khathalitsoe ke leeto, a lula selibeng. E ne e ka ba ka 12 motšehare.*

7 Mosali ea tsoang Samaria a tla ho tl’o kha metsi. Jesu a re ho eena: “Ak’u mphe metsi ke noe.” 8 (Barutuoa ba hae ba ne ba ile motseng ho ea reka lijo.) 9 Mosali oa Mosamaria a re: “Ho tla joang hore ebe u nkopa metsi u le Mojuda empa ’na ke le mosali oa Mosamaria?” (Bajuda ha ba utloane le Basamaria.)+ 10 Jesu a re: “Hoja u ne u tseba mpho* ea Molimo+ le hore na ke mang ea reng u mo fe metsi a noe, u ka be u mo kopile eaba o u fa metsi a bophelo.”+ 11 Mosali eo oa Mosamaria a re: “Mohlomphehi, ha u na le nkho ea ho kha metsi, le seliba se tebile. Joale metsi aa a bophelo ao u nang le ’ona a tsoa kae? 12 Na u moholo ho moholo-holo oa rona Jakobo ea re fileng seliba see, ea ileng a noa ho sona ’moho le bara ba hae le likhomo tsa hae?” 13 Jesu a re: “Bohle ba noang metsi ana ba tla boela ba nyoroe. 14 Motho ea noang metsi ao ke mo fang ’ona a ke ke a nyoroa+ empa metsi ao ke mo fang ’ona a tla fetoha seliba sa metsi ka hare ho eena, se runyang se fanang ka bophelo bo sa feleng.”+ 15 Mosali eo a re: “Mohlomphehi, mphe metsi ana e le hore ke se ke ka nyoroa kapa ka ’na ka tl’o kha metsi mona.”

16 Jesu a re ho eena: “Tsamaea u tle le monna oa hao.” 17 Mosali eo a re: “Ha ke na monna.” Jesu a re ho eena: “U bua ’nete ha u re ha u na monna. 18 U bile le banna ba bahlano. Eo u lulang le eena hona joale ha se monna oa hao. U bua ’nete.” 19 Mosali eo a re: “Mohlomphehi, kea bona hore u moprofeta.+ 20 Baholo-holo ba rona ba ne ba rapella thabeng ena empa lona le re batho ba lokela ho rapella Jerusalema.”+ 21 Jesu a re: “Nkholoe ha ke re ho uena ho na le nako eo le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema. 22 Le rapela ka ho hloka tsebo+ empa rona re na le tsebo hobane poloko e qala ho Bajuda.+ 23 Empa ho tloha hona joale ho ea pele, barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ba tataisoa ke moea le ’nete hobane Ntate o batla hore ba joalo ba mo rapele.+ 24 Molimo ke moea*+ ’me ba mo rapelang ba tla rapela ba tataisoa ke moea le ’nete.”+ 25 Mosali eo a re: “Kea tseba hore Mesia e leng Kreste oa tla. Ha a fihla o tla re bolella lintho tsohle.” 26 Jesu a re: “Ke eena ea ntseng a bua le uena.”+

27 Ka nako eo, barutuoa ba hae ba fihla ’me ba makalla hore ebe o ntse a bua le mosali. Empa ha ho ea ileng a re: “U batla’ng?” kapa “U ntse u buela’ng le mosali eo?” 28 Mosali eo a siea nkho ea hae ea metsi eaba o kena motseng o re ho batho: 29 “Tl’o boneng motho ea mpoleletseng hantle lintho tsohle tseo ke li entseng. Na ebe ha se eena Kreste?” 30 Ba tsoa motseng ba ea ho eena.

31 Ka nako eo, barutuoa ba ne ba ntse ba phehella Jesu+ hore a je. 32 Empa a re ho bona: “Ke na le lijo empa ha le tsebe ka tsona.” 33 Barutuoa ba buisana ba re: “Ebe ke mang ea mo tliselitseng lijo?” 34 Jesu a re ho bona: “Lijo tsa ka ke hore ke etse thato ea ea nthomileng+ le hore ke qete mosebetsi oa hae.+ 35 Ka nako ena ea selemo, le ee le re ho setse likhoeli tse ’nè pele ho kotuloa. Empa ’na ke re ho lona: Bonang kamoo masimo a soeufetseng kateng bakeng sa kotulo.+ 36 Ea kotulang o se a ntse a amohela moputso le ho bokella litholoana bakeng sa bophelo bo sa feleng e le hore ea jalang le ea kotulang ba ka thaba.+ 37 Mantsoe ana a reng: E mong oa jala, e mong oa kotula, ke ’nete. 38 Ke le rometse hore le kotule seo le sa se jalang. Ba bang ba sebelitse ’me le fumane litholoana tsa mosebetsi oa bona.”

39 Basamaria ba bangata ba tsoang motseng oo ba lumela ho eena ka lebaka la seo mosali eo a se buileng ha a re: “O mpoleletse hantle lintho tsohle tseo ke li entseng.”+ 40 Ha Basamaria ba fihla ho eena, ba mo kopa hore a se ke a tsamaea eaba o lula le bona matsatsi a mabeli. 41 Ba bang ba bangata ba lumela ho eena hobane ba utloile lithuto tsa hae. 42 Ba re ho mosali eo: “Ha re sa lumela hobane feela re utloile litaba tsa hao. Re ikutloetse ’me re kholisehile hore kannete monna enoa ke mopholosi oa lefatše.”+

43 Ka mor’a matsatsi a mabeli a ea Galilea. 44 Jesu o ne a boletse hore moprofeta ha a hlomphuoe ha habo.+ 45 Ha a fihla Galilea, Bagalilea ba mo amohela hobane ba bone lintho tsohle tseo a li entseng Jerusalema moketeng+ kaha le bona ba ne ba ile moketeng.+

46 A khutlela Kana e Galilea moo a neng a fetotse metsi veine.+ Ho ne ho e-na le mohlanka oa morena eo mora oa hae a neng a kula motseng oa Kapernauma. 47 Ha a utloa hore Jesu o tlohile Judea o tlile Galilea, a ea ho eena ’me a mo kopa hore a tsamaee le eena a e’o folisa mora oa hae kaha o ne a le makhatheng a lefu. 48 Empa Jesu a re ho eena: “Ntle le hore le bone mehlolo, le ke ke la lumela.”+ 49 Mohlanka oa morena a re ho eena: “Morena, a re tsamaee pele ngoan’a ka a shoa.” 50 Jesu a re ho eena: “Tsamaea, mora oa hao o folile.”+ Mohlanka eo a kholoa Jesu eaba oa tsamaea. 51 Ha a le tseleng a khahlanyetsoa ke makhoba a hae a mo bolella hore ngoan’a hae o folile. 52 A botsa makhoba ao hore na o folile ka nako mang eaba a re: “Feberu e ile ea fola maobane ka hora ea pele motšehare.”* 53 A hlokomela hore e ne e le ka eona nako eo Jesu a ileng a re ho eena: “Mora oa hao o folile.”+ Kahoo, eena le bohle ba ntlo ea hae ba lumela ho Jesu. 54 Ona ke mohlolo oa bobeli+ oo Jesu a o entseng ha a fihla Galilea a tsoa Judea.

5 Ka mor’a moo, ha e-ba le mokete+ oa Bajuda eaba Jesu o nyolohela Jerusalema. 2 Ho ne ho e-na le letamo Jerusalema Keiting ea Linku+ le bitsoang Bethezatha ka Seheberu, le nang le liphaseje tse hlano tse nang le lipilara ka mathoko. 3 Batho ba bangata ba kulang, ba sa boneng, ba holofetseng le ba shoeleng litho ba ne ba le moo. 4 *—— 5 Monna e mong o ne a e-na le lilemo tse 38 a kula. 6 Ha Jesu a bona monna enoa ’me a hlokomela hore o se a kutse nako e telele, a re ho eena: “Na u batla ho fola?”+ 7 Monna eo a re: “Mohlomphehi, ha ho na motho ea nkenyang ka letamong ha metsi a fuluhuoa, ha ke re kea ea motho e mong oa mpheta.” 8 Jesu a re ho eena: “Ema u nke lempara la hao u tsamaee.”+ 9 Monna eo a fola hang-hang eaba o nka lempara oa tsamaea.

Letsatsing leo e ne e le Sabatha. 10 Bajuda ba re ho monna eo: “Ke Sabatha, ha oa lokela ho jara lempara la hao.”+ 11 A re ho bona: “Motho ea mphekotseng ke eena ea itseng ke nke lempara la ka ke tsamaee.” 12 Ba re: “Ke mang ea itseng u le nke u tsamaee?” 13 Monna eo o ne a sa tsebe hore na o folisitsoe ke mang hobane Jesu o ne a se a keneletse ka har’a letšoele.

14 Hamorao Jesu a kopana le eena ka tempeleng ’me a re ho eena: “Ha e le mona u folile, u se ke oa hlola u etsa sebe e le hore u se ke oa etsahalloa ke ntho e mpe le ho feta.” 15 Monna eo a ea ho Bajuda a ba bolella hore ke Jesu ea mo folisitseng. 16 Kahoo, Bajuda ba hlorisa Jesu hobane o ne a etsa lintho tsena ka Sabatha. 17 Jesu a re ho bona: “Haesale Ntate a sebetsa ho fihlela hona joale, le ’na ke ntse ke sebetsa.”+ 18 Bajuda ba e-ba le mabaka a eketsehileng a ho batla ho mo bolaea hobane ba re o tlola molao oa Sabatha ebile o iketsa ea lekanang le Molimo+ ka hore a re Molimo ke Ntate oa hae.+

19 Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore Mora a ke ke a etsa letho leo a iqapelang lona, o etsa feela ntho eo a bonang Ntate oa hae a e etsa.+ Mora o etsisa Ntate oa hae linthong tsohle. 20 Ntate o rata Mora+ ’me o mo bontša lintho tsohle tseo a li etsang. O tla mo bontša mesebetsi e meholo ho ena e le hore le ka tsota.+ 21 Feela joalokaha Ntate a tsosa bafu,+ Mora le eena o tsosa bao a batlang ho ba tsosa.+ 22 Ha ho na motho eo Ntate a mo ahlolang empa o file Mora mosebetsi oa ho ahlola batho bohle+ 23 e le hore bohle ba ka hlompha Mora joalokaha ba hlompha Ntate. Ea sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntate ea mo rommeng.+ 24 Kea le tiisetsa hore ea ’mamelang ’me a lumela ho ea nthomileng o tla phela ka ho sa feleng.+ A ke ke a ahloloa empa o fetile lefu a tla bophelong.+

25 Kea le tiisetsa hore ho tloha hona joale ho ea pele, bafu ba tla utloa lentsoe la Mora oa Molimo ’me ba ileng ba mo mamela ba tla phela. 26 Joalokaha Ntate a e-na le matla a ho fana ka bophelo,+ o file Mora matla a ho fana ka bophelo.+ 27 O mo file matla a ho ahlola+ hobane ke Mor’a motho.+ 28 Le se ke la makala hobane ho na le nako eo bohle ba mabitleng* ba tla utloa lentsoe la hae+ 29 ebe baa tsoa. Ba entseng lintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo, ba neng ba tloaetse ho etsa lintho tse fosahetseng ba tsohele kahlolo.*+ 30 Nke ke ka etsa letho leo ke iqapelang lona. Ke ahlola ho ea ka seo Ntate a mpolellang sona. Kahlolo eo ke fanang ka eona e lokile+ hobane ha ke batle ho etsa thato ea ka empa ke batla ho etsa thato ea ea nthomileng.+

31 Haeba e le ’na feela ea ipakang, bopaki ba ka ha se ’nete.+ 32 Ho na le e mong ea mpakang ’me kea tseba hore bopaki boo a mpakang ka bona ke ’nete.+ 33 Le romme batho ho Johanne ’me o fane ka bopaki ba ’nete ka ’na.+ 34 Ha ke hloke bopaki bo tsoang ho motho empa ke bua lintho tsena hore le pholohe. 35 Johanne e ne e le lebone le tukang le le khanyang ’me ka nakoana le ne le ikemiselitse ho thabela leseli la hae haholo.+ 36 Ke na le bopaki bo fetang ba Johanne hobane mesebetsi eo Ntate a mphileng eona e leng mesebetsi eo ke e etsang, ea paka hore Ntate o nthomile.+ 37 Le Ntate o buile hore o nthomile.+ Ha le e-s’o utloe lentsoe la hae ebile ha le e-s’o mo bone.+ 38 Lentsoe la hae ha lea lula ka lipelong tsa lona hobane ha le lumele eo a mo rommeng.

39 Le batlisisa Mangolo+ hobane le nahana hore a tla le thusa ho fumana bophelo bo sa feleng, athe ke ’ona a mpakang.+ 40 Empa ha le batle ho tla ho ’na+ hore le fumane bophelo. 41 Ha ke amohele thoriso e tsoang ho batho. 42 Ke tseba hantle hore ha le rate Molimo. 43 Ke tlile ka lebitso la Ntate empa ha le nkamohele. Haeba motho e mong a ne a ka itlela ka lebitso la hae, le ne le tla mo amohela. 44 Le ka lumela joang empa le rorisana, le sa batle thoriso e tsoang ho eo e leng eena feela Molimo?+ 45 Le se ke la nahana hore ke tla le qosa ho Ntate. Ho na le ea le qosang, ke Moshe+ eo le mo tšepileng. 46 Hoja le ne le lumela litaba tsa Moshe, le ne le tla lumela le tsa ka hobane o ile a ngola ka ’na.+ 47 Empa haeba le sa lumele mangolo a hae, le tla lumela litaba tsa ka joang?”

6 Ka mor’a moo, Jesu a tšelela ka nģ’ane ho Leoatle la Galilea kapa Tiberiase.+ 2 Batho ba bangata ba ne ba mo setse morao+ hobane ba bona mehlolo eo a e etsang ka ho folisa ba kulang.+ 3 Jesu a nyolohela thabeng ho ea lula moo le barutuoa ba hae. 4 Mokete oa Bajuda+ oa Paseka o ne o le haufi. 5 Ha Jesu a bona hore batho ba bangata ba tla ho eena a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore batho baa ba je?”+ 6 O ne a cho joalo e le hore a utloe hore na o nahanne’ng hobane a tseba hore na o tla tloha a etsa’ng. 7 Filipi a re: “Esita le mahobe a lidenari* tse 200 a fokola haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.” 8 E mong oa barutuoa ba hae e leng Andrease ngoan’abo Simone Petrose a re ho eena: 9 “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli tse nyenyane empa li nyenyane haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.”+

10 Jesu a re: “E-reng batho ba lule fatše.” Ho ne ho e-na le joang bo bongata sebakeng seo, kahoo batho ba lula fatše. Har’a bona ho ne ho e-na le banna ba 5 000.+ 11 Jesu a nka mahobe, a rapela eaba o a fa batho ba lutseng fatše. A etsa joalo le ka litlhapi tse nyenyane ’me ba ja ho fihlela ba khotsofetse. 12 Ha ba se ba khotše a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lijo tse setseng e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.” 13 Kahoo, ba bokella lijo tse setseng ha ho ne ho jeoa mahobe a mahlano a harese ’me tsa tlala libaskete tse 12.

14 Ha batho ba bona mohlolo ona ba re: “Kannete enoa ke Moprofeta eo ho itsoeng o tla tla lefatšeng.”+ 15 Kaha Jesu o ne a tseba hore ba tl’o mo tšoara ba mo etse morena, a khutlela thabeng a le mong.+

16 Ha shoalane e tšoara, barutuoa ba hae ba theohela leoatleng.+ 17 Ba palama sekepe, ba tšelela ka nģ’ane ho leoatle ho ea Kapernauma. Ka nako eo, ho ne ho se ho le lefifi empa Jesu a e-s’o fihle ho bona.+ 18 Kaha moea o ne o le matla, leoatle le ne le befile.+ 19 Ha ba se ba tsamaile lik’hilomithara tse ka bang hlano kapa tse tšeletseng* ka sekepe, ba bona Jesu a tsamaea holim’a leoatle a atamela ho bona eaba baa tšoha. 20 A re ho bona: “Le se ke la tšoha, ke ’na.”+ 21 Joale ba utloa ba lokolohile hore a ka kena ka sekepeng eaba sekepe se fihla lebopong moo ba neng ba ea teng.+

22 Ka le hlahlamang, batho ba neng ba setse ka lehlakoreng le leng la leoatle ba fumana ho se na sekepe moo. Sekepe se le seng se senyenyane se ne se kile sa e-ba teng moo. Barutuoa ba Jesu ba ne ba tsamaile ka sona empa ba sa tsamaea le eena. 23 Likepe tse tsoang Tiberiase tsa fihla haufi le moo ba jeletseng bohobe teng ka mor’a hore Morena a rapele. 24 Ha ba bona hore Jesu le barutuoa ba hae ha ba sa le eo, ba palama liketsoana ba ea Kapernauma ho ea batla Jesu.

25 Ha ba mo fumana ka nģ’ane ho leoatle ba re ho eena: “Rabi,+ u fihlile neng moo?” 26 Jesu a re ho bona: “Ho hlakile hore ha le mpatle hobane le bone mehlolo eo ke e entseng empa le mpatla hobane le jele mahobe la khora.+ 27 Le se ke la sebeletsa lijo tse senyehang empa le sebeletse lijo tse sa senyeheng tse tlisang bophelo bo sa feleng,+ tseo Mor’a motho a tla le fa tsona kaha Ntate e leng Molimo, o mo lumeletse ho etsa joalo.”*+

28 Ba re ho eena: “Re etse’ng hore Molimo a re amohele?” 29 Jesu a re ho bona: “Molimo o batla hore le bontše hore le lumela ho eo a mo rommeng.”+ 30 Ba re ho eena: “U tl’o re bontša mohlolo ofe+ e le hore re u kholoe? U tl’o etsa’ng? 31 Baholo-holo ba rona ba ile ba ja manna lefeelleng+ joalokaha Mangolo a re: ‘O ile a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba je.’”+ 32 Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore Moshe ha aa ka a le fa bohobe bo tsoang leholimong empa Ntate o le fa bohobe ba ’nete bo tsoang leholimong. 33 Bohobe boo Molimo a fanang ka bona ke ea theohang leholimong ’me a fa lefatše bophelo.” 34 Ba re ho eena: “Morena, u lule u re fa bohobe bona.”

35 Jesu a re ho bona: “Ke ’na bohobe ba bophelo. Ea tlang ho ’na a ke ke a lapa ho hang hape ea bontšang hore o lumela ho ’na a ke ke a nyoroa le ka mohla.+ 36 Ke le joetsitse hore ha le lumele le hoja le mpone.+ 37 Batho bohle bao Ntate a mphang bona ba tla tla ho ’na. Ea tlang ho ’na nke ke ka mo leleka+ 38 hobane ha kea theoha leholimong+ ho tla iketsetsa thato ea ka empa ho etsa thato ea ea nthomileng.+ 39 Thato ea ea nthomileng ke hore ke se ke ka lahleheloa le ke ea mong oa bao a mphileng bona empa hore ke ba tsose+ ka letsatsi la ho qetela. 40 Thato ea Ntate ke hore e mong le e mong ea amohelang Mora a bile a bontša hore o lumela ho eena a be le bophelo bo sa feleng+ ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”+

41 Bajuda ba honotha hobane a itse ke eena bohobe bo tsoang leholimong.+ 42 Ba re: “Na eo ha se Jesu mora oa Josefa? Batsoali ba hae rea ba tseba,+ joale ho tla joang hore ebe o re o theohile leholimong?” 43 Jesu a re ho bona: “Tlohelang ho honotha. 44 Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a huloa ke Ntate ea nthomileng.+ Ke tla tsosa motho eo ka letsatsi la ho qetela.+ 45 Mangolong a Baprofeta ho itsoe: ‘Kaofela ba tla rutoa ke Jehova.’*+ Motho ea mamelang Ntate a bile a ithuta ho eena o tla ho ’na. 46 Ha ho motho ea boneng Ntate+ haese ea tsoang ho eena.* Enoa ke eena ea boneng Ntate.+ 47 Kea le tiisetsa hore ea lumelang o tla fumana bophelo bo sa feleng.+

48 Ke ’na bohobe ba bophelo.+ 49 Baholo-holo ba lona ba ile ba ja manna lefeelleng empa ba shoa.+ 50 Ea jang bohobe bo tsoang leholimong eena a ke ke a shoa. 51 Ke ’na bohobe ba bophelo, bo theohileng leholimong. Motho ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng. Bohobe boo ke tla fana ka bona e le hore batho* ba phele, ke nama ea ka.”+

52 Bajuda ba phehisana ba re: “Na kannete monna eo a ka re o tla re fa nama ea hae re e je?” 53 Kahoo, Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore le ke ke la fumana bophelo* ha le sa je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae.+ 54 Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o tla fumana bophelo bo sa feleng ’me ke tla mo tsosa+ ka letsatsi la ho qetela. 55 Nama ea ka ke lijo tsa ’nete le mali a ka ke seno sa ’nete. 56 Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka, ’na le eena re tla momahana.+ 57 Joalokaha Ntate ea phelang a nthomile ’me ke phela ka lebaka la hae, ea jang nama ea ka o tla phela ka lebaka la ka.+ 58 Bona ke bohobe bo theohileng leholimong. Ha bo tšoane le boo baholo-holo ba lona ba bo jeleng empa ba ’na ba shoa. Ea jang bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng.”+ 59 Jesu o buile lintho tsena ha a ntse a ruta ntlong ea thapelo* Kapernauma.

60 Ha barutuoa ba hae ba utloa a cho joalo, ba bangata ba re: “Re ke ke ra mamela litaba tse tšosang tjena.” 61 Kaha Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ba ntse ba honotha ka seo a se buileng, a re ho bona: “Na taba ee ea le khopisa? 62 Le ne le ka etsa’ng ha le bona Mor’a motho a nyolohela moo a tsoang?+ 63 Ke moea oa Molimo o fanang ka bophelo,+ nama eona ha e na thuso. Lintho tseo ke le boleletseng tsona li tsoa ho moea oa Molimo ’me li fana ka bophelo.+ 64 Empa ba bang ba lona ha le lumele.” Ho tloha qalong, Jesu o ne a tseba hore na ke bo-mang ba sa lumeleng le hore na ke mang ea tl’o mo rekisa.*+ 65 A boela a re: “Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona, ha ho ea ka tlang ho ’na ntle le ha a lumeletsoe ke Ntate.”+

66 Kahoo, barutuoa ba hae ba bangata ba khaotsa ho tsamaea le eena eaba ba khutlela linthong tsa bona.+ 67 Jesu a re ho baapostola ba 12: “Na le lona le batla ho tsamaea?” 68 Simone Petrose a re: “Morena, re tla tsamaea re ee ho mang?+ Mantsoe a hao a fana ka bophelo bo sa feleng.+ 69 Rea lumela ebile rea tseba hore u Mohlanka ea Halalelang oa Molimo.”+ 70 Jesu a re ho bona: “Ke ’na ea le khethileng lona ba 12.+ Empa e mong oa lona ke moetselletsi.”*+ 71 O ne a bua ka Judase mora oa Simone Iskariota hobane o ne a tl’o mo eka le hoja e ne e le e mong oa baapostola ba 12.+

7 Ka mor’a moo, Jesu a ’na a etela libaka tsa Galilea. O ne a sa batle ho etela Judea hobane Bajuda ba ne ba batla ho mo bolaea.+ 2 Empa Bajuda ba ne ba le haufi le ho keteka Mokete oa Litabernakele.*+ 3 Ka hona, bana babo+ ba re ho eena: “Tsamaea u ee Judea e le hore barutuoa ba hao ba moo le bona ba ka bona mesebetsi eo u e etsang. 4 Motho ea batlang ho tsejoa ha a etsetse letho sephiring. Haeba u etsa lintho tsena, li etse moo batho bohle ba u bonang.” 5 Bana babo ba ne ba sa lumele ho eena.+ 6 Jesu a re ho bona: “Nako ea ka ha e e-s’o fihle+ empa lona le ka ea neng kapa neng. 7 Lefatše ha le na lebaka la ho le hloea empa ’na le ntlhoile hobane ke paka hore mesebetsi ea lefatše e mebe.+ 8 Lona e-eang moketeng, ’na ha ke ee hona joale hobane nako ea ka ha e e-s’o fihle.”+ 9 Ka mor’a ho ba bolella litaba tsena a sala Galilea.

10 Empa ha bana babo ba se ba ile moketeng, le eena a ea ho se na motho ea tsebang. 11 Bajuda ba mo batla moketeng ba ntse ba re: “Monna eloa o kae?” 12 Ho ne ho e-na le menyenyetsi e mengata ka eena. Ba bang ba ne ba re: “Ke monna ea lokileng.” Ba bang ba re: “Ha aa loka, o khelosa batho.”+ 13 Empa ho ne ho se na ea nang le sebete sa ho bua ka eena ka pel’a batho ka lebaka la ho tšaba Bajuda.+

14 Matsatsi a ka bang mane ka mor’a hore mokete o qale, Jesu a ea tempeleng a ruta batho. 15 Bajuda ba makala ba re: “Ho tla joang hore ebe monna eo o tseba Mangolo+ hakaale empa a sa ea likolong?”*+ 16 Ha Jesu a ba araba a re: “Seo ke se rutang ha se sa ka empa ke sa ea nthomileng.+ 17 Motho ea batlang ho etsa thato ea Molimo o tla tseba hore na seo ke se rutang se tsoa ho Molimo+ kapa ke iqapetse sona. 18 Ea iqapelang o ipatlela thoriso empa ea batlang thoriso ea motho ea mo rommeng+ o bua ’nete ebile o lokile. 19 Moshe o le file Molao+ empa ha ho le ea mong oa lona ea o mamelang. Ke hobane’ng ha le batla ho mpolaea?”+ 20 Batho ba re: “U na le modemona. Ke mang ea batlang ho u bolaea?” 21 Jesu a re: “Ha ke etsa mohlolo o le mong feela ka sabatha, kaofela lea makala. 22 Moshe o le file Molao oa lebollo+ (eseng hore le qalile ka eena empa le qalile ka baholo-holo ba hae)+ ’me le bolotsa motho ka sabatha. 23 Haeba motho oa bolotsoa ka sabatha e le hore a mamele Molao oa Moshe, ke hobane’ng ha le nkhalefela ha ke phekotse motho ka sabatha?+ 24 Khaotsang ho ahlola ho ea ka seo le se bonang empa le ahlole ka toka.”+

25 Ba bang ba batho ba lulang Jerusalema ba re: “Na eo ha se eena monna eo ba batlang ho mo bolaea?+ 26 Ke enoa mona o bua a sa ipata empa ha ba re letho ho eena. Na ebe kannete babusi ba nahana hore motho eo ke Kreste? 27 Ha Kreste a tla, ha ho na motho ea tla tseba hore na o tsoa kae.+ Empa monna enoa eena rea tseba hore na o tsoa kae.” 28 Jesu a phahamisa lentsoe ha a ntse a ruta ka tempeleng a re: “Ke ’nete lea ntseba ebile lea tseba le hore na ke tsoa kae empa ha kea itlisa.+ Ea nthomileng oa phela le hoja le sa mo tsebe.+ 29 ’Na kea mo tseba+ hobane ke tsoa ho eena ’me ke eena ea nthomileng.” 30 Ba batla ho mo tšoara+ empa ba hloleha hobane nako ea hae e ne e e-s’o fihle.+ 31 Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba lumela ho eena+ ’me ba re: “Ha Kreste a fihla, o tla etsa mehlolo e mengata. Na ha se eona ntho eo monna eo a e entseng?”

32 Bafarisi ba utloa batho ba hoeshetsa ka lintho tsena eaba bona le baprista ba baholo ba roma balaoli ho ea mo tšoara. 33 Jesu a re: “Ke tla ba le lona ka nakoana pele ke ea ho ea nthomileng.+ 34 Le tla mpatla empa le ke ke la mphumana, moo ke leng teng le ke ke la khona ho fihla.”+ 35 Eaba Bajuda baa botsana ba re: “Monna eo o rera ho ea kae moo re ke keng ra mo fumana? Ebe o rera ho ea ho Bajuda ba phelang har’a Bagerike e le hore a rute Bagerike? 36 O bolela’ng ha a re re tla mo batla empa re ke ke ra mo fumana, moo a leng teng re ke ke ra khona ho fihla?”

37 Ka letsatsi la ho qetela e leng letsatsi le leholo la mokete,+ Jesu a ema a phahamisa lentsoe a re: “Motho ea nyoriloeng a tle ho ’na a tl’o noa.+ 38 Joalokaha lengolo le boletse, ea lumelang ho ’na, ‘Melapo ea metsi a bophelo e tla phalla ho tsoa pelong ea hae.’”+ 39 Jesu o ne a bua ka moea oo batho ba lumelang ho eena ba neng ba le haufi le ho o fuoa. Ka nako eo, o ne o e-s’o be teng+ hobane Jesu o ne a e-s’o tlotlisoe.+ 40 Ba bang ba batho ba ileng ba utloa mantsoe ana ba re: “Kannete motho enoa ke eena Moprofeta.”+ 41 Ba bang ba ne ba re: “Enoa ke eena Kreste.”+ Ba bang bona ba re: “Na Kreste o tsoa Galilea?+ 42 Na lengolo ha le re Kreste o tsoa baneng ba Davida+ le hore o tsoa Bethlehema+ e leng motsana oo Davida a tsoang ho oona?”+ 43 Eaba batho ba fapana ka maikutlo ka lebaka la hae. 44 Ba bang bona ba ne ba batla ho mo tšoara empa ba hloleha.

45 Balaoli bao ba khutlela ho baprista ba baholo le Bafarisi. Baprista ba baholo le Bafarisi ba re ho bona: “Ha lea tla le eena ke’ng?” 46 Balaoli ba re: “Ha re e-s’o utloe motho ea buang tjena.”+ 47 Bafarisi ba re: “Le lona Jesu o le khelositse? 48 Ha ho le ea mong oa babusi kapa Bafarisi ea lumetseng ho eena.+ 49 Empa batho bana ba sa tsebeng Molao ba rohakiloe.” 50 Nikodemase ea neng a kile a kopana le Jesu ebile e le e mong oa Bafarisi a re ho bona: 51 “Molao oa rona ha o re lumelle ho ahlola motho pele re utloa lehlakore la hae le hore na o entse’ng.”+ 52 Ba re ho eena: “Na le uena u tsoa Galilea? Batla ka Mangolong u bone hore ha ho na moprofeta ea tla tsoa Galilea.”*

8 12 Jesu a bua le bona hape a re: “Ke ’na leseli la lefatše.+ Ea ntatelang a ke ke a tsamaea lefifing empa o tla ba le leseli+ le fanang ka bophelo.” 13 Bafarisi ba re ho eena: “Oa ipakela empa bopaki ba hao ha se ’nete.” 14 Jesu a re ho bona: “Le haeba kea ipakela, bopaki ba ka ke ’nete hobane kea tseba hore na ke tsoa kae le hore na ke ea kae.+ Empa lona ha le tsebe hore na ke tsoa kae le hore na ke ea kae. 15 Le ahlola ho ea ka menahano ea batho,+ ’na ha ho motho eo ke mo ahlolang. 16 Le haeba ke ahlola, kahlolo ea ka e lokile hobane ha ke mong, Ntate ea nthomileng o na le ’na.+ 17 Hape Molao oa lona o re: ‘Bopaki ba batho ba babeli ke ’nete.’+ 18 Kea ipakela le Ntate ea nthomileng oa mpakela.”+ 19 Ba re ho eena: “Ntate eo oa hao o kae?” Jesu a re: “Ha le ntsebe ebile ha le tsebe Ntate.+ Hoja le ne le ntseba, le ka be le tseba le Ntate.”+ 20 O buile litaba tsena ha a ntse a ruta ka tempeleng a le moo ho bolokoang matlotlo.+ Ha ho na motho ea ileng a mo tšoara hobane nako ea hae e ne e e-s’o fihle.+

21 A boela a re ho bona: “Kea tsamaea, lona le tla mpatla empa moo ke eang le ke ke la fihla.+ Le tla shoa le ntse le le baetsalibe.”+ 22 Bajuda ba re: “Ha a re moo a eang re ke ke ra fihla, ebe o rera ho ipolaea?” 23 A re ho bona: “Lona le tsoa lefatšeng, ’na ke tsoa holimo.+ Lona le tsoa lefatšeng lena, ’na ha ke tsoe teng. 24 Ke ka lebaka leo ke itseng ho lona: Le tla shoa le ntse le le baetsalibe. Haeba le sa lumele hore ke ’na ea ronngoeng, le tla shoa le ntse le le baetsalibe.” 25 Ba re ho eena: “U mang?” Jesu a re ho bona: “Ke hobane’ng ha ke itšenyetsa nako ka ho bua le lona? 26 Ho na le lintho tse ngata tseo nka li buang ka lona le ho le ahlolela tsona. Tsebang hore ea nthomileng o bua ’nete kamehla ’me lintho tseo ke li utloileng ho eena ke li bua lefatšeng.”+ 27 Ba ne ba sa utloisise hore o bua ka Ntate oa hae ea leholimong. 28 Jesu a re: “Hang ka mor’a hore le fanyehe Mor’a motho,+ le tla tseba hore ’na ke eena+ le hore ha ke etse letho leo ke iqapetseng lona,+ ke bua lintho tseo ke li rutiloeng ke Ntate. 29 Ea nthomileng o na le ’na. Ha aa ntahla hobane kamehla ke etsa lintho tse mo thabisang.”+ 30 Ha a ntse a bua lintho tsena, batho ba bangata ba lumela ho eena.

31 Eaba Jesu o re ho Bajuda ba lumetseng ho eena: “Haeba le lula le mamela lithuto tsa ka, ehlile le barutuoa ba ka. 32 Le tla tseba ’nete+ ’me ’nete e tla le lokolla.”+ 33 Ba re: “Re bana ba Abrahama ebile ha re e-s’o be makhoba a motho. U bolela’ng ha u re re tla lokoloha?” 34 Jesu a re: “Kea le tiisetsa hore bohle ba etsang sebe ke makhoba a sona.+ 35 Hape lekhoba ha le lule ka lapeng ka ho sa feleng, mora ke eena ea lulang ka ho sa feleng. 36 Haeba Mora a le lokolla, le tla fela le lokolohe. 37 Kea tseba hore le bana ba Abrahama empa le batla ho mpolaea hobane ha le lumele lithuto tsa ka. 38 Ke bua lintho tseo ke ithutileng tsona ho Ntate+ empa lona le etsa lintho tseo le li utloileng ho ntate oa lona.” 39 Ba re ho eena: “Ntate oa rona ke Abrahama.” Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le le bana ba Abrahama,+ le ka be le mo etsisa. 40 Empa joale le batla ho mpolaea, ’na ea le boleletseng ’nete eo ke e utloileng ho Molimo.+ Abrahama ha aa ka a etsa joalo. 41 Lona le etsisa ntate oa lona.” Ba re ho eena: “Ha re bana ba matšeo,* re na le Ntate a le mong e leng Molimo.”

42 Jesu a re ho bona: “Hoja Molimo e ne e le Ntate oa lona, le ka be le nthata+ hobane ke ’na enoa ke tsoa ho eena. Ha kea itlisa, ke ronngoe ke Molimo.+ 43 Ha le nkutloisise hobane ha lea ikemisetsa ho ’mamela. 44 Le tsoa ho ntate oa lona Diabolose ebile le batla ho mo thabisa.+ E bile ’molai ho tloha qalong+ ’me o ile a lahla ’nete hobane ha a e rate. O bua leshano hobane ke mokhoa oa hae, o leshano ebile ke ntate oa leshano.+ 45 Kaha ’na ke bua ’nete, ha le nkholoe. 46 Ke mang ho lona ea ka pakang hore ke entse sebe? Haeba ke bua ’nete, hobane’ng ha le sa nkholoe? 47 Bana ba Molimo baa mo mamela.+ Kaha lona ha le tsoe ho Molimo, ha le mamele.”+

48 Bajuda ba re ho eena: “Na ha re nepe ha re re u Mosamaria+ ebile u na le modemona?”+ 49 Jesu a re: “Ha ke na modemona, ke hlompha Ntate empa lona ha le ntlhomphe. 50 Ha ke ipatlele thoriso,+ Molimo ke eena ea batlang hore ke rorisoe ’me ke eena moahloli. 51 Kea le tiisetsa hore ea ’mamelang a ke ke a shoa.”+ 52 Bajuda ba re ho eena: “Joale rea tseba hore ehlile u na le modemona. Abrahama o ile a shoa le baprofeta ba shoele. Joale uena u re motho ea u mamelang a ke ke a shoa? 53 Na u inka u le moholo ho ntate oa rona Abrahama ea ileng a shoa? Le baprofeta ba ile ba shoa. Joale uena u nahana hore u mang?” 54 Jesu a re: “Haeba ke itlotlisa, thoriso ea ka ha se letho. Ke Ntate ea ntlotlisang,+ eena eo le reng ke Molimo oa lona. 55 ’Na kea mo tseba,+ lona ha le mo tsebe.+ Hoja ke itse ha ke mo tsebe, ke ne ke tla be ke le leshano joaloka lona. Empa ehlile kea mo tseba ebile kea mo mamela. 56 Ntate oa lona Abrahama o ne a lebeletse letsatsi leo ke tla tla ka lona. O ile a le bona eaba oa thaba.”+ 57 Bajuda ba re ho eena: “Ha u e-s’o be le lilemo li 50 empa u re u bone Abrahama?” 58 Jesu a re ho bona: “Kea le tiisetsa hore ke bile teng pele Abrahama a e-ba teng.”+ 59 Ba thonaka majoe hore ba mo betse ka ’ona empa a ipata eaba o tsoa ka tempeleng.

9 Ha Jesu a ntse a tsamaea, a bona monna ea hlahileng a sa bone. 2 Barutuoa ba re ho Jesu: “Rabi,+ ha e le moo monna eo a hlahile a sa bone, ke mang ea entseng sebe? Na ke eena kapa ke batsoali ba hae?” 3 Jesu a re: “Ha se eena kapa batsoali ba hae ba entseng sebe empa e ne e le hore ka eena batho ba ka bona mesebetsi ea Molimo.+ 4 Ha e sa ntse e le motšehare re tla etsa mosebetsi oa ea nthomileng.+ Ha bosiu bo fihla ha ho na motho ea tla sebetsa. 5 Ke ’na leseli la lefatše hafeela ke ntse ke le lefatšeng.”+ 6 Ka mor’a moo, a tšoela mathe fatše a etsa seretse ka ’ona eaba o mo tlotsa mahlong ka sona.+ 7 A re ho eena: “Tsamaea u e’o itlhatsoa letamong la Siloame” (e fetoleloang e le “Rometsoe”). A tsamaea a itlhatsoa eaba o khutla a bona.+

8 Baahisani le batho ba neng ba ee ba mo bone e le mokopa-kopa ba re: “Monna eo ha se eloa ea neng a lula a kopa?” 9 Ba bang ba ne ba re: “Ke eena.” Ba bang ba re: “Che, o mpa a tšoana le eena.” Empa eena a re: “Ke ’na.” 10 Ba re ho eena: “Ho tla joang hore ebe u se u bona?” 11 A re: “Monna ea bitsoang Jesu o ile a etsa seretse a ntlotsa ka sona mahlong eaba o re ke ee letamong la Siloame ke itlhatsoe.+ Ke ile ka ea, ka itlhatsoa eaba kea bona.” 12 Ba re: “O kae monna eo?” A re: “Ha ke tsebe.”

13 Ba isa monna eo ea butsoeng mahlo ho Bafarisi. 14 Letsatsi leo ka lona Jesu a ileng a etsa seretse ’me a bula mahlo a hae+ e ne e le Sabatha.+ 15 Bafarisi le bona ba mo botsa hore na ho tlile joang hore a bone. A re ho bona: “O ile a ntlotsa ka seretse mahlong, ka itlhatsoa eaba kea bona.” 16 Bafarisi ba bang ba re: “Motho enoa ha a tsoe ho Molimo hobane ha a mamele melao ea Sabatha.”+ Ba bang ba re: “Moetsalibe a ka etsa mehlolo ee joang?”+ Ba fapana ka maikutlo.+ 17 Kahoo, ba re ho monna ea neng a foufetse: “U re’ng ka eena hobane ke uena motho eo a mo butseng mahlo?” Monna eo a re: “Motho eo ke moprofeta.”

18 Bajuda ba ne ba sa kholoe hore o ne a foufetse joale o se a bona, ho fihlela ba bitsa batsoali ba hae. 19 Bajuda ba re: “Na eo ke mora oa lona? O hlahile a sa bone? Joale ho tla joang hore ebe oa bona?” 20 Batsoali ba hae ba re: “E, ke mora oa rona, o hlahile a foufetse. 21 Empa ha re tsebe hore na ho tla joang hore ebe oa bona le hore na ke mang ea butseng mahlo a hae. Mo botseng. O moholo o tla khona ho ipuella.” 22 Batsoali ba hae ba ne ba cho joalo hobane ba tšaba Bajuda+ kaha Bajuda ba ne ba lumellane hore motho ea tla re Jesu ke Kreste a lelekoe ntlong ea thapelo.*+ 23 Ke kahoo batsoali ba hae ba ileng ba re: “O moholo, mo botseng.”

24 Ba boela ba bitsa monna ea neng a sa bone ba re ho eena: “Tlotlisa Molimo. Rea tseba hore monna enoa ke moetsalibe.” 25 A re: “Hore na ke moetsalibe ha ke tsebe. Ntho eo ke e tsebang ke hore ke ne ke sa bone empa joale ke se ke bona.” 26 Ba re ho eena: “O ile a u etsa’ng? O butse mahlo a hao joang?” 27 A re: “Ke le boleletse empa ha lea ’mamela. Ke hobane’ng ha le batla ke phete taba eo? Na le lona le batla ho ba barutuoa ba hae?” 28 Ba bua le eena ka ho tella ba re: “Uena u morutuoa oa hae empa rona re barutuoa ba Moshe. 29 Rea tseba hore Molimo o buile le Moshe empa monna enoa ha re tsebe hore na o tsoa kae.” 30 Monna eo a re: “Taba ena ea makatsa. Ha le tsebe hore na o tsoa kae empa a butse mahlo a ka? 31 Rea tseba hore Molimo ha a mamele baetsalibe+ empa o mamela motho ea mo hlomphang a bile a etsa thato ea hae.+ 32 Haesale ha re e-s’o utloele ka motho ea kileng a bula mahlo a motho ea hlahileng a sa bone. 33 Haeba monna enoa ha a tsoe ho Molimo, o ne a ke ke a khona ho etsa letho.”+ 34 Ba re ho eena: “U hlahile u le moetsalibe, joale e se e le uena ea re rutang?” Eaba baa mo leleka.+

35 Jesu a utloa hore ba mo lelekile. Ha a fumana monna eo a re ho eena: “Na u lumela ho Mor’a motho?” 36 Monna eo a re: “Mohlomphehi, Mor’a motho ke mang e le hore nka lumela ho eena?” 37 Jesu a re ho eena: “U mo bone ebile ke eena ea ntseng a bua le uena.” 38 Monna eo a re: “Morena, ke lumela ho uena.” Eaba oa mo inamela. 39 Jesu a re: “Ke tlile lefatšeng e le hore lefatše le ka ahloloa, e le hore ba sa boneng ba ka bona+ ’me ba bonang ba foufale.”+ 40 Ha Bafarisi ba neng ba e-na le eena ba utloa mantsoe ana, ba re ho eena: “Na le rona re foufetse?” 41 Jesu a re ho bona: “Hoja le ne le foufetse le ka be le se na sebe. Kaha le re lea bona, le tla lula le le baetsalibe.”+

10 “Kea le tiisetsa hore ea sa keneng ka lesakeng la linku ka monyako empa a hloa le sebakeng se seng, ke lesholu.+ 2 Ea kenang ka monyako ke eena molisa oa linku.+ 3 Molebeli oa monyako oa mo bulela+ le linku li mamela lentsoe la hae.+ O bitsa linku tsa hae ka mabitso, o li etella pele ha li tsoa. 4 Ha a ntšitse linku tsa hae kaofela, o tsamaea ka pel’a tsona ’me lia mo latela hobane li tseba lentsoe la hae. 5 Li ke ke tsa latela motho e mong empa li tla mo baleha hobane ha li tsebe lentsoe la hae.” 6 Batho ba mametseng ba ne ba sa utloisise papiso ena eo Jesu a ba etselitseng eona.

7 Kahoo Jesu a re: “Kea le tiisetsa hore ke ’na monyako oa linku.+ 8 Bohle ba ikentseng ’na ke masholu empa linku ha lia ba mamela. 9 Ke ’na monyako. Ea tlang ho ’na hore a kene o tla pholoha. O tla kena a tsoe ’me a fumane lekhulo.+ 10 Lesholu le tlela feela ho tla utsoa, ho hlaba le ho bolaea.+ ’Na ke tletse hore linku li fumane bophelo bo sa feleng. 11 Ke ’na molisa ea molemo.+ Molisa ea molemo o tela bophelo ba hae molemong oa linku.+ 12 Monna ea hiriloeng eo linku e seng tsa hae, ha a bona phiri e tla o siea linku ebe oa baleha, phiri e sale e li bolaea ebe tse ling lia hasana 13 hobane o hiriloe ’me ha a tsotelle linku. 14 Ke ’na molisa ea molemo. Ke tseba linku tsa ka le linku tsa ka lia ntseba+ 15 feela joalokaha Ntate a ntseba le ’na ke tseba Ntate.+ Ke tela bophelo ba ka molemong oa linku.+

16 Ke na le linku tse ling tseo e seng tsa lesaka lena.+ Le tsona ke tla li tlisa ’me li tla mamela lentsoe la ka, mohlape o tla ba mong le molisa a be mong.+ 17 Ntate oa nthata+ hobane ke tela bophelo ba ka+ hore ke tle ke boele ke bo fumane. 18 Ha ho motho ea nkamohang bona empa ke ithaopela ho bo tela. Ke lumeletsoe ho bo tela le ho bo fumana hape.+ Ke Ntate ea mphileng taelo ena.”

19 Bajuda ba boela ba fapana ka maikutlo+ ha ba utloa mantsoe ana. 20 Ba bangata ba ne ba re: “O na le modemona ebile oa hlanya. Ke hobane’ng ha le mo mamela?” 21 Ba bang ba ne ba re: “Motho ea kenoeng ke modemona a ke ke a bua tjena. Ha ho mohla modemona a kileng a bula mahlo a batho ba foufetseng.”

22 Ho ne ho e-na le Mokete oa Nehelo Jerusalema, e ne e le mariha. 23 Jesu o ne a tsamaea ka tempeleng phasejeng ea Solomone e nang le lipilara ka mathoko.+ 24 Bajuda ba mo pota-pota eaba ba re ho eena: “Re bolelle hore na u Kreste kapa ha u eena. U tla re bolella neng hore na u mang?” 25 Jesu a re: “Ke le boleletse empa ha le lumele. Mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ea mpakela.+ 26 Ha le lumele hobane ha le linku tsa ka.+ 27 Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka. Kea li tseba ebile lia ntatela.+ 28 Ke li fa bophelo bo sa feleng.+ Ha ho na motho ea tla li bolaea kapa a li hlothe letsohong la ka.+ 29 Linku tseo Ntate a mphileng tsona li bohlokoa ho feta lintho tse ling kaofela ’me ha ho na motho ea ka li hlothang letsohong la Ntate.+ 30 ’Na le Ntate re momahane.”+

31 Bajuda ba boela ba thonaka majoe ho mo tlepetsa. 32 Jesu a re: “Le bone ha ke etsa mesebetsi e mengata e metle eo Ntate a itseng ke e etse. Le batla ho ntlepetsa ka majoe ka lebaka la mosebetsi ofe ho eona?” 33 Bajuda ba re: “Ha re u tlepetse ka lebaka la mesebetsi e metle empa hobane u rohaka Molimo,+ u iketsa molimo empa u le motho.” 34 Jesu a re: “Na Molaong oa lona ha hoa ngoloa ha thoe, ‘Ke itse: “Le melimo”’?*+ 35 Rea tseba hore Mangolo a ke ke a fetoloa. Joale haeba Molimo o re batho bao lentsoe la hae le ba khalemelang ke ‘melimo,’+ 36 na le utloa ho tšoanetse hore le re ke rohaka Molimo ha ke re ke Mor’a hae empa a nkhalalelitse ebile a nthometse lefatšeng?+ 37 Haeba ha ke etse mesebetsi eo Ntate a itseng ke e etse, le se ke la lumela ho ’na. 38 Haeba kea e etsa, le haeba le sa lumele ho ’na, le lumele ka lebaka la mesebetsi+ e le hore le ka tseba ’me la lula le utloisisa hore ’na le Ntate re momahane.”+ 39 Ba leka hape ho mo tšoara empa a baleha.

40 A khutlela ka nģ’ane ho Jordane moo Johanne a neng a kolobetsa a le teng+ ’me a lula moo. 41 Batho ba bangata ba tla ho Jesu ’me ba re: “Johanne ha aa ka a etsa le mohlolo o le mong empa lintho tsohle tseo a li buileng ka monna enoa ke ’nete.”+ 42 Kahoo, batho ba bangata ba lumela ho eena.

11 Monna ea bitsoang Lazaro o ne a kula. O ne a lula Bethani le likhaitseli tsa hae Maria le Maretha.+ 2 Maria ke eena ea ileng a tlotsa Morena ka oli e nkhang hamonate a ba a mo hlakola maoto ka moriri oa hae.+ Ke eena eo khaitseli ea hae Lazaro e neng e kula. 3 Likhaitseli tsa Lazaro tsa romella Jesu molaetsa o reng: “Morena, motsoalle oa hao eo u mo ratang oa kula.” 4 Ha Jesu a utloa molaetsa ona a re: “Bokuli bona ha bo felle ka lefu empa bo tla fella ka hore Molimo a rorisoe+ e le hore Mora oa Molimo a ka tlotlisoa ka bona.”

5 Jesu o ne a rata Maretha, Maria le Lazaro. 6 Ha a utloa hore Lazaro oa kula, a qeta matsatsi a mang a mabeli a lutse moo a neng a le teng. 7 Ka mor’a moo, a re ho barutuoa ba hae: “A re khutleleng Judea.” 8 Barutuoa ba re ho eena: “Rabi,+ haufinyane tjena batho ba Judea ba ne ba batla ho u tlepetsa ka majoe,+ joale u batla ho khutlela moo?” 9 Jesu a re: “Ho na le lihora tse 12 tsa motšehare.+ Ha motho a tsamaea motšehare, ha a thule letho hobane o bona leseli la lefatše lena. 10 Empa ha motho a tsamaea bosiu, oa khoptjoa hobane leseli ha le eo ho eena.”

11 A boela a re: “Motsoalle oa rona Lazaro o robetse+ empa ke e’o mo tsosa.” 12 Barutuoa ba re: “Morena, haeba o robetse o tla fola.” 13 Empa Jesu o ne a bolela hore Lazaro o shoele. Bona ba ne ba nahana hore o re o mpa a ithobaletse feela. 14 Kahoo Jesu a ba hlakisetsa a re: “Lazaro o shoele.+ 15 Ke thabile hore ebe ke ne ke le sieo hobane ntho eo ke tl’o e etsa e tla matlafatsa tumelo ea lona. A re eeng ho eena.” 16 Thomase ea neng a bitsoa Lefahla a re ho barutuoa ba bang: “Le rona a re eeng e le hore re ka shoa le eena.”+

17 Jesu o fihlile Lazaro a se a qetile matsatsi a mane ka lebitleng.* 18 Bethani e ne e le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang tharo* feela ho tloha Jerusalema. 19 Bajuda ba bangata ba ne ba tlile ho Maria le Maretha ho ba tšelisa kaha khaitseli ea bona e ne e shoele. 20 Ha Maretha a utloa hore Jesu o tseleng, a mo khahlanyetsa. Maria+ eena a sala hae. 21 Maretha a re ho Jesu: “Morena, hoja u ne u le teng khaitseli ea ka e ka be e sa shoa. 22 Empa ke ntse ke lumela hore Molimo o tla u fa lintho tsohle tseo u li kopang.” 23 Jesu a re ho eena: “Khaitseli ea hao e tla tsoha.” 24 Maretha a re: “Kea tseba hore o tla tsoha mohla tsoho ea bafu+ ka letsatsi la ho qetela.” 25 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsoho le bophelo.+ Ea bontšang hore o lumela ho ’na, leha a ka shoa o tla boela a phele. 26 Batho bohle ba bontšang hore ba lumela ho ’na ba ke ke ba shoa.+ Na u lumela taba ee?” 27 A re ho eena: “E, Morena, kea lumela hore ke uena Kreste Mora oa Molimo, eo ho profetiloeng hore o tla tla lefatšeng.” 28 Ha Maretha a qeta ho cho joalo, a tsamaea a bitsetsa Maria ngoan’abo lekunutung a re: “Mosuoe+ o teng oa u bitsa.” 29 Ha Maria a utloa litaba tsena a phakisa a ea ho eena.

30 Jesu o ne a e-s’o kene motseng. O ne a ntse a le sebakeng seo Maretha a ileng a mo khahlanyetsa ho sona. 31 Bajuda ba neng ba e-na le Maria ka tlung ba mo tšelisa, ba mo sala morao ha ba bona a tsoa a potlakile. Ba ne ba nka hore o ea lebitleng+ o e’o llela teng. 32 Ha Maria a fihla ho Jesu, a khumama ka pel’a hae eaba o re: “Morena, hoja u ne u le teng khaitseli ea ka e ka be e sa shoa.” 33 Ha Jesu a bona Maria le Bajuda ba tlileng le eena ba lla, a utloa bohloko haholo ’me a khathatseha. 34 A re: “Le mo behile kae?” Ba re: “Morena, tl’o bone.” 35 Jesu a ntša meokho.+ 36 Ha Bajuda ba bona a lla ba re: “O ne a mo rata hakaakang!” 37 Ba bang ba re: “Monna eo ea butseng mahlo a motho ea foufetseng+ o sitiloe ke’ng ho etsa hore Lazaro a se ke a shoa?”

38 Jesu a ea lebitleng a utloile bohloko haholo. Lebitla leo e ne e le lehaha ’me le ne le koetsoe ka lejoe. 39 A re: “Tlosang lejoe leo.” Maretha khaitseli ea mofu a re ho eena: “Morena, e tlameha ebe o se a nkha hobane o se a e-na le matsatsi a mane a shoele.” 40 Jesu a re: “Na ha kea u bolella hore ha u ka lumela u tla bona matla a Molimo?”+ 41 Ba tlosa lejoe leo eaba Jesu o sheba holimo+ o re: “Ntate, kea u leboha ka hore ebe u nkutloile. 42 Kea tseba hore kamehla oa nkutloa empa ke buile ka lebaka la batho bana ba mpota-potileng e le hore ba ka lumela hore u nthomile.”+ 43 Ka mor’a moo, a hoeletsa a re: “Lazaro, tsoa!”+ 44 Lazaro a tsoa a thatetsoe maoto le matsoho ka masela le sefahleho sa hae se ne se thatetsoe ka lesela. Jesu a re: “Thatollang masela ao le mo tlohele a tsamaee.”

45 Bajuda ba bangata ba neng ba tlile ho Maria le ba boneng hore na Jesu o entse’ng ba lumela ho eena.+ 46 Ba bang bona ba ea ho Bafarisi ba ba bolella hore na Jesu o entse’ng. 47 Eaba baprista ba baholo le Bafarisi ba bokella Lekhotla le Phahameng la Bajuda* ’me ba re: “Re tla etsa’ng ha e le moo monna eo a etsa mehlolo e mengata hakaale?+ 48 Ha re ka mo tlohela a itsoella pele ka tsela ena, batho bohle ba tla lumela ho eena ebe Baroma baa tla ba hapa tempele* le sechaba sa rona.” 49 Har’a bona ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Kaifase+ eo e neng e le moprista ea phahameng selemong seo. A re ho bona: “Lona ha ho na ntho eo le e tsebang. 50 Ha le bone hore ho molemong oa lona hore motho a le mong a shoele sechaba ho e-na le hore sechaba kaofela se felisoe?” 51 Ha a cho joalo o ne a sa iqapele. Kaha e ne e le moprista ea phahameng selemong seo, o ne a profeta hore Jesu o tšoanetse ho shoela sechaba. 52 O ne a sa lokela ho shoela sechaba feela empa o ne a lokela ho bokella le bana ba Molimo ba qhalakaneng hore ba momahane. 53 Ka hona, ho tloha mohlang oo ba rera ho mo bolaea.

54 Ka lebaka leo, Jesu ha aa ka a hlola a tsamaea moo Bajuda ba mo bonang. A tloha moo ho ea sebakeng se haufi le lefeella, motseng o bitsoang Efraime+ ’me a lula moo le barutuoa. 55 Mokete oa Bajuda oa Paseka+ o ne o le haufi. Batho ba bangata ba tsoang mahaeng ba nyolohela Jerusalema pele ho Paseka e le hore ba itlhoekise ho ea ka Molao oa Moshe. 56 Ha ba le tempeleng ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba re: “Le bona joang? Le nahana hore a ke ke a tla moketeng?” 57 Baprista ba baholo le Bafarisi ba ne ba laetse hore motho ea ka tsebang hore na Jesu o hokae a tlalehe e le hore ba ka mo tšoara.

12 Matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka, Jesu a fihla Bethani. Lazaro+ eo Jesu a neng a mo tsositse bafung o ne a le hona teng. 2 Ba mo phehela lijo tsa mantsiboea eaba Maretha oa ba ngoathela.+ Lazaro e ne e le e mong oa ba lutseng lijong le eena. 3 Maria a nka botlolo* ea oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete. A tlotsa maoto a Jesu ka eona eaba o mo hlakola maoto ka moriri oa hae. Ntlo ea tlala monko oa oli eo.+ 4 E mong oa barutuoa ba hae e leng Judase Iskariota+ ea neng a tl’o mo rekisa* a re: 5 “Ke hobane’ng ha oli ee e nkhang hamonate e ne e sa rekisoe ka lidenari* tse 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana?” 6 O ne a sa cho joalo hobane a tšoenyehile ka bafutsana empa hobane e le lesholu. Kaha o ne a tšoara lebokose la chelete, o ne a tloaetse ho utsoa chelete e tšeloang ka ho lona. 7 Jesu a re: “Mo tloheleng hobane ha a etsa tjena o ntokisetsa lepato.+ 8 Le tla lula le e-na le bafutsana+ empa le ke ke la lula le e-na le ’na.”+

9 Bajuda ba bangata ba tseba hore o teng moo eaba baa tla ho tla bona Jesu le Lazaro eo a mo tsositseng bafung.+ 10 Baprista ba baholo ba rera ho bolaea le Lazaro 11 hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ea Bethani ka lebaka la hae ’me ba lumela ho Jesu.+

12 Ka le hlahlamang, batho ba bangata ba neng ba tlile moketeng ba utloa hore Jesu o tla Jerusalema. 13 Ba nka makala a lifate tsa palema, ba mo khahlanyetsa eaba baa hoeletsa ba re: “Re rapella hore u mo pholose! Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova,*+ Morena oa Iseraele!”+ 14 Ha Jesu a fumana petsana ea tonki, a e palama+ feela joalokaha Mangolo a re: 15 “U se ke oa tšoha uena morali oa Sione. Morena oa hao o tla a palame petsana ea tonki.”+ 16 Qalong barutuoa ba hae ba ne ba sa utloisise lintho tsena. Empa ha Jesu a tlotlisoa,+ ba hopola hore Mangolo a buile lintho tsena ka eena le hore li ile tsa mo etsahalla.+

17 Batho ba bangata ba neng ba e-na le eena ha a tsosa Lazaro bafung a re a tsoe lebitleng,*+ ba ’na ba bolella batho ba bang hore na ho etsahetse’ng.+ 18 Batho ba bangata ba ne ba tlile ho eena hobane ba utloetse ka mohlolo ona oo a o entseng. 19 Bafarisi ba buisana ba re: “Lea bona hore le ke ke la atleha? Lefatše lohle le mo setse morao.”+

20 Har’a batho ba tlileng moketeng ho tla rapela, ho ne ho e-na le Bagerike. 21 Ba tla ho Filipi+ oa Bethsaida e Galilea ’me ba re: “Mohlomphehi, re kopa ho kopana le Jesu.” 22 Filipi a bolella Andrease eaba Andrease le Filipi ba ea ho Jesu baa mo bolella.

23 Empa Jesu a re ho bona: “Nako ea hore Mor’a motho a tlotlisoe e fihlile.+ 24 Kea le tiisetsa hore ha peo ea koro e sa oele mobung ebe ea bola,* e tla sala e le ’ngoe joalo. Empa haeba e bola,+ e tla beha haholo. 25 Ea ratang bophelo ba hae o tla felloa ke bona empa ea hloileng bophelo ba hae+ lefatšeng lena o tla bo sireletsa e le hore a fumane bophelo bo sa feleng.+ 26 Motho ea batlang ho ntšebeletsa a ntatele ’me moo ke leng teng o tla ba teng.+ Ntate o tla tlotlisa motho ea batlang ho ntšebeletsa. 27 Ke tšoenyehile,+ ebe nka re’ng? Ntate, mpholose boemong bona.*+ Leha ho le joalo, ntho ena e lokela ho nketsahalla hobane ke eona ntho eo ke e tletseng. 28 Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Lentsoe+ la tsoa leholimong la re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.”+

29 Ha batho ba neng ba le moo ba le utloa, ba re ba utloile sealuma. Ba bang ba re: “Lengeloi le buile le eena.” 30 Jesu a re: “Lentsoe lena ha lea bua molemong oa ka empa le buile molemong oa lona. 31 Nako ea hore lefatše le ahloloe e fihlile ’me ’musi oa lona+ o tla lelekoa.+ 32 Haeba ke fanyehoa,*+ ke tla hulela batho ba lichaba tsohle ho ’na.” 33 O ne a cho joalo ho bontša hore na o tla tloha a shoa joang.+ 34 Batho ba re: “Molao o re Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng.+ U bolela’ng ha u re Mor’a motho o tla fanyehoa?+ Hona ke mang Mora eo oa motho?” 35 Jesu a re ho bona: “Le tla ba le leseli ka nakoana. Tsamaeang ha leseli le sa ntse le le teng e le hore le se ke la apareloa ke lefifi. Ea tsamaeang lefifing ha a tsebe moo a eang.+ 36 Le bontše hore le lumela leseling ha leseli le sa ntse le le teng e le hore le be bara ba leseli.”+

Ka mor’a hore Jesu a bue mantsoe ana, a tsamaea eaba o ipatela bona. 37 Le hoja a ne a entse mehlolo e mengata hakaalo moo ba ntseng ba bona, ba ne ba sa lumele ho eena. 38 Ka tsela eo, mantsoe a moprofeta Esaia a ile a phethahala ha a ne a re: “Jehova,* ke mang ea lumetseng ntho eo re e tlalehileng?+ Letsoho la Jehova* lona le bonahalitsoe ho mang?”+ 39 Ba ne ba sa khone ho lumela hobane Esaia o ne a boetse a itse: 40 “O ba foufalitse, a etsa hore ba be lihlooho* li thata. Ke kahoo ba sa utloisiseng* hore na ba lokela ho etsa’ng ebile ba sa khutlele ho ’na e le hore nka ba folisa.”+ 41 Esaia o buile lintho tsena ka eena hobane a bone khanya ea hae.+ 42 Babusi ba bangata ba ile ba lumela ho eena.+ Empa kaha ba ne ba tšaba Bafarisi, ba ne ba sa bolele hore ba lumela ho eena e le hore ba se ke ba lelekoa ntlong ea thapelo.*+ 43 Ba ne ba rata ho amoheloa ke batho ho feta ho amoheloa ke Molimo.+

44 Jesu a phahamisa lentsoe a re: “Ea lumelang ho ’na o lumela le ho ea nthomileng.+ 45 Hape ea mponang o bona le ea nthomileng.+ 46 Ke tlile ke le leseli lefatšeng+ e le hore bohle ba lumelang ho ’na ba se ke ba lula lefifing.+ 47 Haeba motho a utloa mantsoe a ka empa a sa a lumele, ha ke mo ahlole. Ha kea tlela ho ahlola lefatše, ke tletse ho le pholosa.+ 48 Ea sa ’mameleng ’me a sa amohele mantsoe a ka, ho na le ea tla mo ahlola. Mantsoe ao ke a buileng ke ’ona a tla mo ahlola ka letsatsi la ho qetela. 49 Ha kea bua lintho tseo ke iqapetseng tsona empa Ntate ea nthomileng o ntaetse hore na ke re’ng.+ 50 Hape kea tseba hore taelo ea hae e tlisa bophelo bo sa feleng.+ Ka hona, ke bua lintho tseo Ntate a mpoleletseng tsona feela.”+

13 Le pele ho mokete oa Paseka, Jesu o ne a tseba hore nako ea hae ea hore a tlohe lefatšeng mona a ee ho Ntate+ e fihlile.+ Ha Jesu a le lefatšeng o ne a rata barutuoa ba hae ’me o ile a ba rata ho fihlela qetellong.+ 2 Ha ho ntse ho jeoa lijo tsa mantsiboea, Diabolose o ne a se a susumelitse Judase Iskariota+ mora oa Simone hore a rekise* Jesu.+ 3 Kaha Jesu o ne a tseba hore Ntate oa hae o mo file lintho tsohle le hore o tsoa ho Molimo ’me o khutlela ho eena,+ 4 a phahama tafoleng, a behella seaparo sa hae ka thoko eaba o nka thaole oa itlama.+ 5 Ka mor’a moo, a tšela metsi ka beisineng, a hlatsoa maoto a barutuoa le ho a hlakola ka thaole eo a neng a itlamme ka eona. 6 Ha a fihla ho Simone Petrose, Petrose a re ho eena: “Morena, u hlatsoa maoto a ka?” 7 Jesu a re ho eena: “Hona joale u ke ke oa utloisisa hore na ke etsa’ng, u tla utloisisa hamorao.” 8 Petrose a re: “Ha se uena ea ka ntlhatsoang maoto.” Jesu a re: “Haeba ke sa u hlatsoe,+ ha u morutuoa oa ka.”* 9 Simone Petrose a re: “Morena, u se ke oa ntlhatsoa maoto feela, u ntlhatsoe le matsoho le hlooho.” 10 Jesu a re ho eena: “Motho ea itlhatsoitseng o hloka ho hlatsoa maoto a hae feela hobane ’mele oohle oa hae o hloekile. Le hloekile le hoja e se lona kaofela.” 11 O ne a tseba hore na ke mang ea tl’o mo rekisa,*+ ke kahoo a ileng a re: “Le hloekile le hoja e se lona kaofela.”

12 Ha a qeta ho ba hlatsoa maoto a apara seaparo sa hae, a khutlela tafoleng eaba o re ho bona: “Na lea utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke le hlatsoitse maoto? 13 Le nepile ha le mpitsa Mosuoe le Morena.+ 14 Joale haeba ’na Mosuoe le Morena ke le hlatsoitse maoto,+ le lona le tšoanela ho hlatsoana maoto.+ 15 Ke le behetse mohlala e le hore le nketsise.+ 16 Kea le tiisetsa hore lekhoba ha le leholo ho mong’a lona le motho ea ronngoeng ha a moholo ho ea mo rommeng. 17 Kaha le tseba lintho tsena, le tla thaba haeba le li etsa.+ 18 Ha ke bue ka lona kaofela. Bao ke ba khethileng kea ba tseba. Ke entse tjena e le hore lengolo le ka phethahala+ ha le re: ‘Ea neng a ja bohobe ba ka o mphetohetse.’+ 19 Ho tloha hona joale ho ea pele, ke le bolella lintho tsena pele li etsahala e le hore ha li etsahala le tle le lumele hore lengolo lena le bua ka ’na.+ 20 Kea le tiisetsa hore mang kapa mang ea amohelang batho bao ke ba rommeng oa nkamohela le ’na,+ hape ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.”+

21 Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a bua ka pelo e bohloko a re: “Kannete kea le joetsa, e mong oa lona o tl’o nthekisa.”*+ 22 Barutuoa ba shebana ba ntse ba ipotsa hore na o bua ka mang.+ 23 Morutuoa eo Jesu a neng a mo rata+ o ne a lutse pel’a hae.* 24 Simone Petrose a oma ka hlooho a mo shebile eaba o re ho eena: “Re bolelle hore na o bua ka mang.” 25 Morutuoa eo a itšetleha sefubeng sa Jesu a re ho eena: “Morena, u bua ka mang?”+ 26 Jesu a re: “Ke eo ke tla mo fa bohobe boo ke tl’o bo qopetsa.”+ A qopetsa bohobe eaba o bo fa Judase mora oa Simone Iskariota. 27 Ka mor’a hore Judase a nke bohobe boo, a kenoa ke Satane.+ Eaba Jesu o re ho eena: “Ntho eo u e etsang u hle u e etse kapele.” 28 Bohle ba lutseng tafoleng ba ne ba sa tsebe hore na ke hobane’ng ha Jesu a ne a cho joalo ho eena. 29 Ba bang ba ne ba nahana hore kaha Judase o ne a tšoere lebokose la chelete,+ Jesu o ne a re a reke lintho tseo ba li hlokang bakeng sa mokete kapa a fe bafutsana ho hong. 30 Ka mor’a hore Judase a nke bohobe, a tsoa. E ne e se e le bosiu.+

31 Ha a se a tsoile, Jesu a re: “Joale Mor’a motho oa tlotlisoa+ ’me Molimo o tlotlisoa ka eena. 32 Molimo o tla mo tlotlisa+ hang-hang. 33 Metsoalle ea ka,* ke sa na le lona ka nakoana. Le tla mpatla empa le lona ke le joetsa mantsoe ao ke a joetsitseng Bajuda, ‘Moo ke eang le ke ke la fihla.’+ 34 Ke le fa taelo e ncha ea hore le ratane. Le ratane+ feela joalokaha ke le ratile.+ 35 Haeba le ratana,+ bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.”

36 Simone Petrose a re: “Morena u ea kae?” Jesu a re: “Moo ke eang u ke ke oa ea le ’na hona joale empa u tla ea hamorao.”+ 37 Petrose a re ho eena: “Morena, ke hobane’ng ha nke ke ka ea le uena hona joale? Ke tla u shoela.”+ 38 Jesu a re: “U tiile u re u tla nchoela? Kea u tiisetsa hore pele mokoko o lla, u tla be u ntatotse hararo.”+

14 “Le se ke la itumella ho tšoenyeha.+ Bontšang hore le lumela ho Molimo+ le ho ’na. 2 Libaka tsa bolulo li ngata ka tlung ea Ntate. Nka be ke sa le bolella hoja ho ne ho se joalo. Ke e’o le lokisetsa sebaka.+ 3 Ha ke se ke ile ke le lokiselitse sebaka, ke tla khutla ebe ke le tlisa lapeng ho ’na e le hore le ka ba moo ke leng teng.+ 4 Le tseba tsela ea moo ke eang.”

5 Thomase+ a re ho eena: “Morena, ha re tsebe moo u eang. Re ka tseba tsela joang?”

6 Jesu a re ho eena: “Ke ’na tsela,+ ’nete+ le bophelo.+ Ha ho ea ka tlang ho Ntate haese ka ’na.+ 7 Haeba le ne le ntsebile, le Ntate le ka be le mo tsebile. Ho tloha hona joale ho ea pele le tla mo tseba, ha e le hantle le se le mo bone.”+

8 Filipi a re ho eena: “Morena, ha u ka re bontša Ntate re tla be re khotsofetse.”

9 Jesu a re ho eena: “Filipi, ke bile le lona nako e telele hakaale ha u ntsebe? Ea mponeng o bone le Ntate.+ Joale ho tla joang hore ebe u re ke le bontše Ntate? 10 Na ha u lumele hore ’na le Ntate re momahane?+ Ha ke iqapele lintho tseo ke le bolellang tsona+ empa Ntate eo ’na le eena re momahaneng, o ntšebelisa ho phetha mesebetsi ea hae. 11 Nkholoeng ha ke re ke momahane le Ntate. Ha le sa nkholoe, le lumele ka lebaka la mesebetsi ea ka.+ 12 Kea le tiisetsa hore ea bontšang hore o lumela ho ’na o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang, a be a etse e meholo ho e feta+ hobane ’na ke ea ho Ntate.+ 13 Ho feta moo, lintho tsohle tseo le li kopang ka lebitso la ka ke tla li etsa, e le hore Ntate a ka tlotlisoa ka lebaka la Mora.+ 14 Eng kapa eng eo le e kopang ka lebitso la ka, ke tla e etsa.

15 Haeba le nthata, le tla mamela litaelo tsa ka.+ 16 Ke tla kopa Ntate ’me eena o tla le fa mothusi* ea tla ba le lona ka ho sa feleng+ 17 e leng moea o halalelang o etsang hore ’nete e hlake.+ Lefatše le ke ke la o fumana hobane ha le o bone ebile ha le o tsebe.+ Lona lea o tseba hobane o na le lona ebile o teng ka ho lona. 18 Nke ke ka le siea le saretsoe.* Ke tla khutlela ho lona.+ 19 Ka mor’a nakoana, lefatše ha le sa tla hlola le mpona empa lona le tla mpona.+ Kaha kea phela le lona le tla phela. 20 Letsatsing leo le tla tseba hore ’na le Ntate re momahane le hore ’na le lona re momahane.+ 21 Motho ea amohelang litaelo tsa ka a bile a li mamela, ke eena ea nthatang. Ea nthatang o tla ratoa ke Ntate. Le ’na ke tla mo rata ’me ke etse hore a ntsebe ka ho hlaka.”

22 Judase+ empa eseng Judase Iskariota, a re ho eena: “Morena, ke hobane’ng ha u batla hore re u tsebe hantle empa u sa batle hore lefatše le u tsebe hantle?”

23 Jesu a re ho eena: “Ea nthatang oa ’mamela+ ’me Ntate o tla mo rata. ’Na le Ntate re tla tla ho eena re lule le eena.+ 24 Motho ea sa nthateng ha a ’mamele. Mantsoe ao ke a buang ha se a ka empa ke a Ntate ea nthomileng.+

25 Ke le boleletse lintho tsena ha ke sa ntse ke e-na le lona. 26 Moea o halalelang oo Ntate a tla o romela ka lebitso la ka hore o le thuse, o tla le ruta lintho tsohle o be o le hopotse lintho tsohle tseo ke le boleletseng tsona.+ 27 Ke tla etsa hore le be le khotso eo le neng le e-na le eona ha ke ne ke e-na le lona.+ Khotso eo ke fanang ka eona ha e tšoane le eo lefatše le fanang ka eona. Le se ke la itumella ho khathatseha kapa la itumella ho nyahamisoa ke ho tšoha. 28 Le utloile hore ke itse kea tsamaea empa ke tla khutlela ho lona. Haeba le ne le nthata, le ne le tla thabela hore ke ea ho Ntate hobane Ntate o moholo ho ’na.+ 29 Ke le bolella pele ke tsamaea e le hore mohla ke tsamaeang le ka lumela.+ 30 Ha ke sa tla hlola ke bua lintho tse ngata le lona kaha ’musi oa lefatše+ oa tla ’me ha a na matla holim’a ka.+ 31 Empa e le hore lefatše le tsebe hore ke rata Ntate, ke etsa lintho tseo Ntate a ntaetseng hore ke li etse.+ A re tsamaeeng.

15 Ke ’na sefate sa ’nete sa morara ’me Ntate ke molemi. 2 O tlosa makala ’ohle a ka a sa beheng, a behang ’ona oa a hloekisa e le hore a ka beha litholoana tse ngata.+ 3 Le hloekile hobane mantsoe ao ke le boleletseng ’ona a le hloekisitse.+ 4 Le se ke la tloha ho ’na, le ’na nke ke ka tloha ho lona. Lekala le ke ke la beha haeba le se sefateng sa morara. Ka tsela e tšoanang, le lona le ke ke la beha haeba le sa momahana le ’na.+ 5 Ke ’na sefate sa morara, lona le makala. Motho ea sa tloheng ho ’na le ’na nke ke ka tloha ho eena ’me o tla beha haholo.+ Le ke ke la etsa letho kantle ho ’na. 6 Motho ea tlohang ho ’na o tšoana le lekala le ponngoeng ’me o tla omella. Makala a joalo aa bokelloa ebe a lahleloa mollong. 7 Haeba le sa tlohe ho ’na le bile le mamela mantsoe a ka, le tla fuoa eng kapa eng eo le e kopang.+ 8 Ntate oa tlotlisoa ha le beha litholoana tse ngata ’me le bontša hore le barutuoa ba ka.+ 9 Joalokaha Ntate a nthatile+ le ’na ke le ratile. Etsang lintho tse tla etsa hore ke lule ke le rata. 10 Haeba le mamela litaelo tsa ka, ke tla lula ke le rata joalokaha ke mametse litaelo tsa Ntate ’me a lula a nthata.

11 Ke le boleletse lintho tsena e le hore le ka thaba haholo joaloka ’na.+ 12 Ke le laela hore le ratane joalokaha ke le ratile.+ 13 Ha ho ea nang le lerato le fetang la motho ea telang bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae.+ 14 Le metsoalle ea ka haeba le phetha litaelo tsa ka.+ 15 Ha ke sa le bitsa makhoba hobane lekhoba ha le tsebe hore na mong’a lona o etsa’ng. Ke le bitsitse metsoalle hobane ke le boleletse lintho tsohle tseo ke li utloileng ho Ntate. 16 Ke ’na ea le khethileng, ha lea nkhetha. Ke le khethetse hore le ’ne le behe litholoana tse ke keng tsa fela. Kaha ke le khethile, lintho tsohle tseo le li kopang ho Ntate ka lebitso la ka o tla le fa tsona.+

17 Ke le fa litaelo tsena e le hore le ratane.+ 18 Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele ho lona.+ 19 Hoja le ne le le ba lefatše, lefatše le ka be le le rata. Ha le ba lefatše+ hobane ke le khethile, ke kahoo lefatše le le hloileng.+ 20 Le hopole mantsoe ana a ka a reng: Lekhoba ha le leholo ho mong’a lona. Haeba ba ntlhorisitse le lona ba tla le hlorisa.+ Haeba ba ’mametse le lona ba tla le mamela. 21 Ba tla le hlorisa ka lebaka la lebitso la ka hobane ha ba tsebe ea nthomileng.+ 22 Hoja ha kea ka ka tla ’me ka bua le bona, ba ka be ba se na sebe.+ Empa joale ha ba na lebaka la hore ebe ba entse sebe seo.+ 23 Ea ntlhoileng o hloile le Ntate.+ 24 Hoja ha baa bona ha ke etsa mesebetsi eo ho seng motho ea kileng a e etsa, ba ka be ba se na sebe.+ Empa joale ba mpone ’me ba ntlhoile ebile ba hloile le Ntate. 25 Leha ho le joalo, e ne e le hore mantsoe ana a hlahang Molaong oa bona a ka phethahala a reng: ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’+ 26 Ha ke le romella mothusi ho tsoa ho Ntate, e leng moea o halalelang o etsang hore ’nete e hlake,+ o tla mpaka.+ 27 Le lona le tla mpaka+ hobane le bile le ’na ho tloha qalong.

16 Ke le boleletse lintho tsena e le hore le se ke la felloa ke tumelo.* 2 Le tla lelekoa matlong a thapelo.*+ Ho na le nako eo batho ba tla nahana hore ba sebeletsa Molimo ha ba le bolaea.+ 3 Ba tla etsa lintho tsena hobane ba sa ntsebe ebile ba sa tsebe Ntate.+ 4 Ke le boleletse lintho tsena e le hore ha li etsahala le ka hopola hore ke le joetsitse.+

Ha kea le bolella lintho tsena pele hobane ke ne ke ntse ke e-na le lona. 5 Joale ke ea ho ea nthomileng+ empa ha ho sa na ea mpotsang hore na ke ea kae. 6 Le se le saretsoe hobane ke le boleletse lintho tsena.+ 7 Ke bua ’nete ha ke re ke tsamaea molemong oa lona. Ha ke sa tsamaee, nke ke ka romela moea o halalelang*+ ho tla le thusa. Empa ha ke fela ke tsamaea, ke tla o romela ho lona. 8 Ha o fihla, o tla fa batho bopaki bo hlakileng ka sebe, o ba bontše hore na ntho e nepahetseng ke efe le hore na kahlolo ea Molimo ke efe. 9 Tabeng ea pele, o tla hlakisa hore batho ba na le sebe+ hobane ha baa bontša hore ba lumela ho ’na.+ 10 O tla boela o hlakise hore na ke mang ea etsang lintho tse lokileng hobane ke ea ho Ntate ’me le ke ke la hlola le mpona 11 ebe o hlakisa kahlolo ea Molimo hobane ’musi oa lefatše lena o ahlotsoe.+

12 Ho na le lintho tse ngata tseo ke lokelang ho le bolella tsona empa le ke ke la li utloisisa hona joale. 13 Ha moea o hlakisang ’nete o fihla,+ o tla le tataisa hore le utloisise ’nete hantle. Moea oo ha o etse se ratoang ke oona empa o senola feela seo Molimo a batlang hore se senoloe. Kahoo, o tla le thusa hore le tsebe lintho tse tla etsahala.+ 14 Moea oo o tla ntlotlisa+ hobane o tla le senolela lintho tse tsoang ho ’na.+ 15 Lintho tsohle tseo Ntate a nang le tsona ke tsa ka.+ Ke kahoo ke reng moea oo o tla le senolela lintho tse tsoang ho ’na. 16 Ka mor’a nakoana ha le sa tla mpona+ empa le tla boela le mpone ka mor’a nakoana.”

17 Ba bang ba barutuoa ba hae ba buisana ba re: “O bolela’ng ha a re ka mor’a nakoana ha re sa tla mo bona empa re tla boela re mo bone ka mor’a nakoana, le ha a re hobane o ea ho Ntate?” 18 Hape ba re: “O bolela’ng ha a re, ‘ka mor’a nakoana’? Ha re utloisise hore na o bua ka’ng.” 19 Jesu o ne a tseba hore ba batla ho mo botsa eaba o re: “Na le ntse le botsana hore na ke hobane’ng ha ke re: ‘Ka mor’a nakoana ha le sa tla mpona empa le tla boela le mpone ka mor’a nakoana’? 20 Kea le tiisetsa hore le tla lla le bokolle empa batho ba bang bona ba tla thaba. Le tla sareloa empa ho sareloa ha lona ho tla fetoha thabo.+ 21 Ha mosali a beleha o ba le mahlaba* hobane nako ea hore a be le ngoana e fihlile. Ha ngoana a se a hlahile, ha a sa hopola mahlaba ao hobane a thabetse hore ngoana o hlahile. 22 Le lona hona joale le utloile bohloko empa le tla thaba ha le mpona hape+ ebile ha ho motho ea tla le amoha thabo eo. 23 Mohlang oo, le ke ke la mpotsa letho. Kea le tiisetsa hore lintho tsohle tseo le li kopang ho Ntate,+ o tla le fa tsona ka lebitso la ka.+ 24 Ho tla fihlela joale, ha le e-s’o kope letho ka lebitso la ka. Kopang ’me le tla fuoa e le hore le ka thaba haholo.

25 Ke buile le lona ka lipapiso. Ho na le nako eo ke tla le bolella ka Ntate ke sa etse lipapiso. 26 Mohlang oo, le tla rapela ka lebitso la ka. Ha ke bolele hore ke ’na ea tla le rapella ho Ntate. 27 Ntate oa le rata hobane lea nthata+ ebile lea lumela hore ke moemeli oa hae.+ 28 Ke tlile lefatšeng ke le moemeli oa Ntate, joale ke khutlela ho eena.”+

29 Barutuoa ba hae ba re: “Morena, joale rea utloisisa hobane ha u bue le rona ka lipapiso. 30 Kannete rea bona hore ha ho hlokahale hore batho ba u botse hobane u se u ntse u tseba hore na ba nahanne’ng. Kahoo, rea lumela hore u ronngoe ke Molimo.” 31 Jesu a re: “Lea lumela hona joale 32 empa haufinyane le tla hasana le khutlele malapeng a lona le ntšiee ke le mong.+ Leha ho le joalo, ha ke mong hobane Ntate o na le ’na.+ 33 Ke le boleletse lintho tsena e le hore le ka ba le khotso ka lebaka la ka.+ Lefatšeng mona le tla hlaheloa ke mathata empa le be sebete, ke hlotse lefatše.”+

17 Ka mor’a hore Jesu a bue lintho tsena, a sheba leholimong a re: “Ntate, nako e fihlile. Tlotlisa mora oa hao e le hore a ka u tlotlisa.+ 2 U mo file matla holim’a batho bohle+ e le hore a ka fana ka bophelo bo sa feleng+ ho bohle bao u mo fileng bona.+ 3 Ba tla fumana bophelo bo sa feleng+ haeba ba u tseba,* uena Molimo a le mong oa ’nete+ le Jesu Kreste eo u mo rommeng.+ 4 Ke u tlotlisitse lefatšeng+ hobane ke qetile mosebetsi oo u mphileng oona.+ 5 Ntate, ke kopa u nkhutlisetse boemong bo phahameng boo ke neng ke le ho bona ha ke e-na le uena pele lefatše le e-ba teng.+

6 Ke tsebahalitse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng.+ E ne e le ba hao eaba u mpha bona ’me ba u mametse. 7 Joale baa tseba hore lintho tsohle tseo ke nang le tsona li tsoa ho uena 8 hobane ke ba joetsitse lintho tseo u mpoleletseng tsona.+ Ba li amohetse ebile baa tseba hore ke moemeli oa hao+ le hore u nthomile.+ 9 Kea ba rapella. Ha ke rapelle lefatše empa ke rapella bao u mphileng bona hobane ke ba hao. 10 Lintho tsohle tsa ka ke tsa hao+ ’me tsa hao ke tsa ka. Ke tlotlisitsoe har’a bona.

11 Ha ke sa le lefatšeng hobane ke tla ho uena empa bona ba ntse ba le ho lona.+ Ntate ea halalelang, ke kopa u ba sireletse molemong oa lebitso la hao+ leo u mphileng lona e le hore ba ka momahana joalokaha re momahane.+ 12 Ha ke ne ke e-na le bona, ke ne ke ba hlokomela+ molemong oa lebitso la hao leo u mphileng lona. Ke ba sirelelitse ’me ha ho le ea mong oa bona ea lahlehileng+ haese ea tšoanelang ho felisoa+ e le hore lengolo le ka phethahala.+ 13 Empa joale ke tla ho uena ’me ke bua lintho tsena ha ke sa ntse ke le lefatšeng e le hore ba ka thaba haholo joalokaha le ’na ke thabile.+ 14 Ke ba boleletse mantsoe a hao empa lefatše le ba hloile hobane ha se ba lefatše+ joalokaha ke se oa lefatše.

15 Ha ke kope hore u ba ntše lefatšeng empa ke kopa hore u ba sireletse ka lebaka la ea khopo.+ 16 Ha se ba lefatše+ joalokaha ke se oa lefatše.+ 17 Ba halaletse* ka ’nete,+ lentsoe la hao ke ’nete.+ 18 Ke ba rometse lefatšeng joalokaha u nthometse lefatšeng.+ 19 Kea ikhalaletsa molemong oa bona e le hore le bona ba ka halaletsoa ka ’nete.

20 Ha ke rapelle bona feela, ke rapella le ba tla utloa lithuto tsa bona ebe ba lumela ho ’na 21 e le hore ba ka momahana+ joalokaha ’na le uena Ntate re momahane+ le hore ba ka momahana le rona e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile. 22 Ke ba tlotlile joalokaha u ntlotlile e le hore ba ka momahana joalokaha re momahane.+ 23 Bona ba tle ba momahane le ’na, ’na ke momahane le uena e le hore ba ka momahana e le kannete. Kahoo, batho bohle ba tla tseba hore u nthomile le hore u ba rata joalokaha u nthata. 24 Ntate, ke lakatsa hore bao u mphileng bona ba tle ba be le ’na+ e le hore ba ka bona boemo bo phahameng boo u mphileng bona hobane u nthatile le pele lefatše le e-ba teng.+ 25 Ntate ea lokileng, lefatše ha le u tsebe+ empa kea u tseba+ ’me batho bao u mphileng bona baa tseba hore u nthomile. 26 Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla tsoela pele ke le tsebahatsa+ e le hore ba ka rata batho ba bang joalokaha u nthatile le hore ’na le bona re momahane.”+

18 Ha Jesu a qeta ho bua lintho tsena, a ea ka nģ’ane ho Phula ea Kidrone*+ le barutuoa ba hae moo ho neng ho e-na le serapa. A kena serapeng seo le barutuoa ba hae.+ 2 Le Judase ea neng a mo rekisitse* o ne a tseba sebaka seo hobane Jesu o ne a atisa ho ea moo le barutuoa ba hae. 3 Judase a tla le masole le balebeli ba tsoang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le libetsa.+ 4 Kaha Jesu o ne a tseba lintho tsohle tse tl’o mo hlahela, a ba atamela a re: “Le batla mang?” 5 Ba re: “Re batla Jesu oa Monazaretha.”+ A re ho bona: “Ke ’na enoa.” Judase ea neng a mo rekisitse* o ne a e-na le bona.+

6 Eitse ha Jesu a re ho bona: “Ke ’na enoa,” ba chechela morao, ba oela fatše.+ 7 A ba botsa hape a re: “Le batla mang?” Ba re: “Jesu oa Monazaretha.” 8 Jesu a re: “Ke le boleletse hore ke ’na enoa. Haeba le batla ’na, tlohelang banna bana.” 9 O ne a cho joalo ho phethahatsa mantsoe a hae a reng: “Ho bao u mphileng bona ha hoa lahleha le ea mong.”+

10 Kaha Simone Petrose o ne a nkile sabole, a e tsomula a hlatha lekhoba la moprista ea phahameng ka eona, a le khaola tsebe e tona.+ Lebitso la lekhoba leo e ne e le Malkuse. 11 Empa Jesu a re ho Petrose: “Khutlisetsa sabole selateng.+ Ke lokela ho noa senoelo seo Ntate a mphileng sona.”+

12 Eaba sehlopha sa masole, mookameli oa sesole le balebeli ba tsoang ho Bajuda ba tšoara Jesu ’me ba mo fasa matsoho. 13 Ba mo isa ho Anase pele kaha e ne e le ntate oa mosali oa Kaifase.+ Kaifase e ne e le eena moprista ea phahameng selemong seo.+ 14 Kaifase ke eena ea ileng a eletsa Bajuda hore ho ne ho le molemong oa bona hore motho a le mong a shoele sechaba.+

15 Simone Petrose a latela Jesu a e-na le morutuoa e mong.+ Kaha moprista ea phahameng o ne a tseba morutuoa eo, morutuoa eo a kena le Jesu lebaleng la moprista ea phahameng. 16 Petrose eena o ne a eme ka ntle monyako. Morutuoa eo ea tsejoang ke moprista ea phahameng a tsoa a bua le ngoanana ea lebelang monyako eaba Petrose o lumelloa ho kena. 17 Joale ngoanana eo a re ho Petrose: “Na ha u e mong oa barutuoa ba monna eo?” A re: “Ha ke eena.”+ 18 Kaha ho ne ho bata, makhoba le balebeli ba ne ba orile mollo oa mashala. Petrose o ne a orile mollo oo le bona.

19 E mong oa baprista ba baholo a hloma Jesu lipotso ka barutuoa ba hae le ka lithuto tsa hae. 20 Jesu a re: “Ke rutile moo batho bohle ba mametseng. Ke ne ke ruta ka matlung a thapelo* le ka tempeleng,+ moo Bajuda kaofela ba phuthehang, ho se letho leo ke le buelang lekunutung. 21 Ke hobane’ng ha u ntlhoma lipotso? Botsa batho bao ke neng ke ba ruta hobane ke bona ba tsebang lithuto tsa ka.” 22 E mong oa balebeli a otla Jesu+ lerameng eaba o re: “Ke eona tsela ea ho araba moprista e moholo ee?” 23 Jesu a re ho eena: “Haeba ke buile hampe, mpolelle hore na ke buile hampe kae. Haeba ke nepile, u nkotlela’ng?” 24 Anase a re Jesu a isoe ho moprista ea phahameng Kaifase a ntse a fasitsoe matsoho.+

25 Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho eena: “Na ha u e mong oa barutuoa ba hae?” A latola a re: “Ha ke eena.”+ 26 E mong oa makhoba a moprista ea phahameng, ea amanang le monna eo Petrose a ileng a mo khaola tsebe+ a re: “Ke u bone serapeng u e-na le eena.” 27 Empa Petrose a latola hape. Hang ha a qeta ho latola, mokoko oa lla.+

28 Ba mo tlosa ha Kaifase ba mo isa ntlong ea ’musisi.+ Ha ba fihla moo, ha baa ka ba kena ka tlung hobane ba sa batle ho silafala+ e le hore ba tle ba je lijo tsa Paseka. 29 Pilato a tla ho bona ka ntle ’me a re: “Le qosa monna eo ka’ng?” 30 Ba re ho eena: “Re ka be re sa tlisa monna enoa ho uena hoja e ne e se setlokotsebe.”* 31 Pilato a re ho bona: “Ikahloleleng eena ka molao oa lona.”+ Bajuda ba re: “Molao ha o re lumelle ho bolaea motho.”+ 32 E ne e le hore ho phethahale boprofeta ba Jesu ha a ne a bolela hore na o tla shoa joang.+

33 Pilato a khutlela ka tlung, a bitsa Jesu a re ho eena: “Na u Morena oa Bajuda?”+ 34 Jesu a re: “Na u botsa hobane u nahana joalo kapa hobane u utloile batho ba bang ba cho?” 35 Pilato a re: “’Na ha ke Mojuda. Ke batho ba heno le baprista ba baholo ba u tlisitseng ho ’na. U entse’ng?” 36 Jesu a re:+ “’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.+ Hoja e ne e le oa lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne e le hore Bajuda ba se ke ba ntšoara.+ Empa ’Muso oa ka ha se oa lefatše lena.” 37 Pilato a re ho eena: “U bolela hore u morena?” Jesu a re: “E, ke eena.*+ Ke tletse lefatšeng ho tla pakela ’nete.+ Batho bohle ba ratang ’nete baa ’mamela.” 38 Pilato a re: “’Nete ke eng?”

Ka mor’a ho cho joalo, a khutlela ho Bajuda ka ntle a re ho bona: “Ke mo fumane a se molato.+ 39 Le tloaetse ho re ke le lokollele motho ka Paseka.+ Na ha le batle hore ke le lokollele Morena oa Bajuda?” 40 Ba hoeletsa ba re: “Lokolla Barabase eseng monna enoa!” Barabase e ne e le lesholu.+

19 Pilato a laela hore Jesu a shapuoe.+ 2 Masole a loha korone ka meutloa, a mo roesa eona eaba a mo apesa seaparo se pherese.+ 3 A ne a ntse a tla ho eena a re: “Lumela uena Morena oa Bajuda.” A ne a bile a mo otla lerameng.+ 4 Pilato a khutlela ka ntle eaba o re ho bona: “Ke mo tlisa ka ntle tjena hore le tle le bone hore ke mo fumane a se molato.”+ 5 Jesu a tsoa a roetse korone e entsoeng ka meutloa a apere seaparo se pherese. Pilato a re ho bona: “Motho oa lona ke eo!” 6 Ha baprista ba baholo le balebeli ba mo bona ba hoeletsa ba re: “Mo khokhothele palong! Mo khokhothele palong!”+ Pilato a re ho bona: “Lona mo khokhotheleng hobane ’na ha kea mo fumana a le molato.”+ 7 Bajuda ba re: “Ho ea ka molao oa rona, o lokela ho bolaoa+ hobane o ipitsa mor’a Molimo.”+

8 Ha Pilato a utloa ba cho joalo a tšoha le ho feta. 9 A kena ka tlung eaba o re ho Jesu: “Hantle-ntle u tsoa kae?” Jesu a thola.+ 10 Pilato a re ho eena: “Ha u batle ho nkaraba? Na ha u tsebe hore ke na le matla a hore u khokhotheloe kapa u lokolloe?” 11 Jesu a re: “U ka be u se na matla holim’a ka hoja ha oa a fuoa ke Molimo. Ke kahoo motho ea ntlisitseng ho uena a leng molato ho u feta.”

12 Kahoo, Pilato a ’na a batla mokhoa oa ho mo lokolla empa Bajuda ba hoeletsa ba re: “Ha u ka lokolla monna enoa u sera sa Sesare. Motho ea iketsang morena o fetohela Sesare.”+ 13 Ha Pilato a utloa taba ena a bitsetsa Jesu ka ntle. Pilato a lula setulong sa kahlolo Sebakeng se Katuoeng ka Majoe. Ka Seheberu sebaka seo se bitsoa Gabatha. 14 E ne e ka ba ka 12 motšehare* e le letsatsi la ho lokisetsa Paseka.+ Pilato a re ho Bajuda: “Bonang morena oa lona!” 15 Leha ho le joalo, ba hoeletsa ba re: “Mo bolaee! Mo bolaee! Mo khokhothele palong!” Pilato a re ho bona: “Ke bolaee morena oa lona?” Baprista ba baholo ba re: “Morena oa rona ke Sesare feela.” 16 A fana ka Jesu hore a khokhotheloe palong.+

Eaba ba tsamaea le eena. 17 Jesu a tsamaea a jere palo eo a neng a tl’o khokhotheloa ho eona,* a ea moo ho thoeng ke Sebaka sa Lehata.+ Ka Seheberu se bitsoa Golgotha.+ 18 Ba khokhothela Jesu palong eo.+ O ne a le bohareng ba banna ba bang ba babeli ba khokhothetsoeng, e mong a le ka ho le letona, e mong a le ka ho le letšehali.+ 19 Pilato a ngola boto a e beha palong eo Jesu a khokhothetsoeng ho eona. O ne a ngotse: “Enoa ke Jesu oa Monazaretha, Morena oa Bajuda.”+ 20 Bajuda ba bangata ba bala mongolo oo hobane Jesu o ne a khokhothetsoe haufi le motse. Boto eo e ne e ngotsoe ka Seheberu, Selatine le Segerike. 21 Baprista ba baholo ba Bajuda ba re ho Pilato: “U se ke oa ngola ‘Morena oa Bajuda.’ Ngola hore o itse, ‘Ke ’na Morena oa Bajuda.’” 22 Pilato a re: “Ntho eo ke e ngotseng nke ke ka e hlakola.”

23 Ka mor’a hore masole a khokhothele Jesu palong, a nka liaparo tsa hae a li tabola likarolo tse ’nè, lesole ka leng la nka karolo ea lona. A nka le seaparo sa hae sa ka hare. Empa sona se ne se se na moroko, se lohiloe ho tloha holimo ho ea tlase. 24 Masole ao a re: “A re se keng ra se tabola, re lahle lotho hore re tle re bone hore na e tla ba sa mang.”+ Ka ho etsa lintho tsena, a ne a phethahatsa lengolo le reng: “Ba arolelana liaparo tsa ka, ba lahla lotho bakeng sa liaparo tsa ka.”+ Masole a ile a fela a etsa lintho tsena.

25 ’Mè oa Jesu,+ ngoan’abo ’mè oa hae, Maria mosali oa Clopase le Maria Magdalena+ ba ne ba eme haufi le palo eo Jesu a khokhothetsoeng ho eona. 26 Ha Jesu a bona ’mè oa hae le morutuoa eo a neng a mo rata+ ba eme haufi, a re ho ’mè oa hae: “’Mè, mora oa hao ke enoa.” 27 A re ho morutuoa eo: “’Mè oa hao ke enoa.” Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ’mè oa Jesu a e’o lula ha morutuoa eo.

28 Ha Jesu a hlokomela hore o phethile mosebetsi oo a o filoeng a re: “Ke nyoriloe.”+ O ne a bua mantsoe ana ho phethahatsa lengolo. 29 Ho ne ho e-na le nkho moo e tletseng veine e bolila. Ba ina seponche ka har’a veine eo e bolila, ba se beha lehlakeng la hisopa* eaba ba se isa molomong oa hae.+ 30 Ka mor’a hore Jesu a latsoe veine eo a re: “Ho phethehile.”+ A inamisa hlooho eaba o hema la ho qetela.*+

31 Kaha e ne e le letsatsi la ho lokisetsa Paseka,+ Bajuda ba kopa Pilato hore banna bao ba rojoe meomo le hore litopo li tlosoe e le hore li se ke tsa sala moo lipalong+ ka Sabatha. (Sabatha eo e ne e le e kholo.)+ 32 Masole a roba meomo ea monna oa pele le ea monna e mong ea neng a khokhothetsoe palong pel’a hae. 33 Ha a fihla ho Jesu a bona hore o se a shoele eaba ha a mo robe meomo. 34 Lesole le leng la mo hlaba lehlakoreng ka lerumo+ eaba ho tsoa mali le metsi. 35 Motho ea boneng lintho tsena o li pakile ’me bopaki ba hae ke ba ’nete. Oa tseba hore lintho tseo a li buang ke ’nete ebile o li bua hore le lumele.+ 36 Lintho tsena li ile tsa etsahala e le hore lengolo le phethahale le reng: “Ha ho na lesapo la hae le tla robeha.”+ 37 Lengolo le leng lona le re: “Ba tla sheba eo ba mo hlabileng.”+

38 Ka mor’a moo, Josefa oa Arimathea a kopa Pilato hore a mo lumelle ho theola setopo sa Jesu. Josefa e ne e le morutuoa oa Jesu ka sekhukhu hobane o ne a tšaba Bajuda.+ Pilato a mo lumella eaba oa ea o tlosa setopo sa Jesu.+ 39 Nikodemase+ le eena a tlisa motsoako* oa mira le makhala, o boima ba lik’hilokramo tse ka bang 33.* Nikodemase ke eena ea neng a kile a ea ho Jesu bosiu.+ 40 Ba nka setopo sa Jesu ba se thatela ka masela a line a tšetsoeng ka linoko tseo,+ e leng tsela eo Bajuda ba neng ba tloaetse ho pata batho ka eona. 41 Ho ne ho e-na le serapa moo a neng a bolaetsoe teng. Serapeng seo ho ne ho e-na le lebitla le lecha+ leo ho neng ho e-s’o ka ho pateloa motho ho lona. 42 Kaha e ne e le letsatsi la Bajuda la ho lokisetsa Paseka+ ebile lebitla leo le le haufi, ba patela Jesu moo.

20 Ka letsatsi la pele la beke, Maria Magdalena a tla lebitleng hoseng haholo+ ho sa le lefifi ’me a fumana lejoe le se le tlositsoe lebitleng.+ 2 A mathela ho Simone Petrose le morutuoa eo Jesu a neng a mo rata+ eaba o re ho bona: “Ba tlositse Morena ka lebitleng,+ ha re tsebe hore na ba mo behile kae.”

3 Petrose le morutuoa eo ba ea lebitleng. 4 Ba matha ba le babeli empa morutuoa eo a siea Petrose a fihla lebitleng pele. 5 Ha a sheba, a bona masela a line+ empa ha aa ka a kena. 6 Ha Simone Petrose a fihla, a kena ka lebitleng eaba o bona masela a line moo. 7 Lesela le neng le thatetse hlooho le ne le sa lula le a mang, le ne le phuthiloe le le ka thoko. 8 Morutuoa ea neng a fihlile lebitleng pele le eena a kena, eare ha a bona a lumela litaba tseo ba li utloileng. 9 Ba ne ba e-s’o utloisise lengolo le reng o tla tsoha bafung.+ 10 Barutuoa bana ba babeli ba khutlela malapeng a bona.

11 Maria eena a sala moo pel’a lebitla a ntse a lla. Ha a ntse a lla joalo, a sheba ka lebitleng 12 eaba o bona mangeloi a mabeli+ a apere liaparo tse tšoeu a lutse moo Jesu a neng a behiloe teng, le leng le lutse ka hloohong, le leng ka maotong. 13 Mangeloi ao a re ho eena: “U llela’ng?” A re ho ’ona: “Ba tlositse Morena oa ka, ha ke tsebe hore na ba mo behile kae.” 14 Ha Maria a hetla a bona motho e mong empa o ne a sa elelloe hore ke Jesu.+ 15 Jesu a re ho eena: “U llela’ng? U batla mang?” Maria o ne a nahana hore motho eo ke mohlokomeli oa serapa eaba o re ho eena: “Ntate, haeba u mo nkile, mpolelle hore na u mo behile kae e le hore nka mo nka.” 16 Jesu a re ho eena: “Maria.” A hetla hape eaba o re ho Jesu ka Seheberu: “Rabboni!” (e bolelang “Mosuoe!”) 17 Jesu a re: “U se ke oa ’mamarela hobane ha ke e-s’o ee ho Ntate. E-ea ho bana beso*+ u re ho bona: ‘Ke ea ho Ntate+ oa ka le Molimo oa ka+ e leng Ntate oa lona le Molimo oa lona.’” 18 Maria Magdalena a ea ho barutuoa a re ho bona: “Ke bone Morena!” A ba phetela hore na Jesu o itse’ng.+

19 E ne e le mantsiboea letsatsing la pele la beke ’me barutuoa ba inotleletse ka tlung hobane ba tšaba Bajuda. Jesu a hlaha har’a bona eaba o re: “Khotso e be le lona.”+ 20 Ka mor’a ho ba lumelisa a ba bontša matsoho le lehlakore la hae.+ Barutuoa ba thaba ha ba bona hore ke Morena.+ 21 Jesu a boela a re: “Khotso e be le lona.+ Kea le roma+ feela joalokaha Ntate a nthomile.”+ 22 Ha a qeta ho cho joalo a bululela moea ho bona eaba o re: “Ke le fa moea o halalelang.+ 23 Haeba le re batho ba tšoaretsoe libe ehlile ba tšoaretsoe. Haeba le re ha baa tšoareloa ehlile ha baa tšoareloa.”

24 E mong oa baapostola ba 12 e leng Thomase+ ea neng a bitsoa Lefahla, o ne a le sieo ha Jesu a hlaha har’a bona. 25 Barutuoa ba bang ba mo phetela ba re: “Re bone Morena!” Eena a re ho bona: “Ntle le hore ke bone maqeba a lipekere matsohong a hae ke be ke a thetse ka monoana le hore ke tšoare leqeba le lehlakoreng la hae,+ nke ke ka lumela.”

26 Matsatsi a robeli hamorao barutuoa ba hae ba ne ba le ka tlung hape ’me Thomase a e-na le bona. Jesu a hlaha har’a bona le hoja menyako e ne e notletsoe. A re: “Khotso e be le lona.”+ 27 A re ho Thomase: “Sheba matsoho a ka u thetse maqeba a ka ka monoana. Tšoara leqeba le lehlakoreng la ka. Khaotsa ho belaela empa u be le tumelo.” 28 Thomase a re: “Morena oa ka le Molimo oa ka!” 29 Jesu a re: “Na u lumetse hobane u mpone? Ho thaba ba lumelang le hoja ba sa bona.”

30 Jesu o ile a etsa mehlolo e meng e mengata moo barutuoa ba hae ba ntseng ba bona, e sa ngoloang moqolong ona.+ 31 Tsena tse ngotsoeng li ngoletsoe hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo le hore le be le bophelo ka lebitso la hae hobane le lumetse.+

21 Ka mor’a lintho tsena, Jesu a boela a hlaha ho barutuoa Leoatleng la Tiberiase. O ile a hlaha ka tsela ena: 2 Ba neng ba le teng e ne e le Simone Petrose, Thomase (ea neng a bitsoa Lefahla),+ Nathanaele+ ea tsoang Kana e Galilea, bara ba Zebedea+ le barutuoa ba bang ba Jesu ba babeli. 3 Simone Petrose a re ho bona: “’Na ke e’o tšoasa litlhapi.” Ba re ho eena: “Le rona re ea le uena.” Ba palama sekepe empa bosiung boo ha baa ka ba tšoasa letho.+

4 Ha bosiu bo e-sa, barutuoa ba bona motho a eme lebopong empa ba ne ba sa elelloe hore ke Jesu.+ 5 Jesu a re ho bona: “Metsoalle ea ka,* na le na le lijo?”* Ba re: “Che!” 6 A re ho bona: “Lahlelang letlooa* ka lehlakoreng le letona la sekepe le tla li fumana.” Ba le lahlela empa ba hloleha ho le hula hobane ba tšoasitse litlhapi tse ngata haholo.+ 7 Morutuoa eo Jesu a neng a mo rata+ a re ho Petrose: “Ke Morena!” Ha Simone Petrose a utloa hore ke Morena, a apara* seaparo sa hae kaha o ne a hlobotse,* a itahlela ka leoatleng. 8 Barutuoa ba bang ba tla ka seketsoana ba ntse ba hula letlooa le tletseng litlhapi. Ba ne ba se hole le lebopo hobane ba ne ba le bohole ba limithara tse ka bang 90* feela ho tloha ho lona.

9 Ha ba fihla lebopong, ba bona bohobe le litlhapi li besitsoe mollong oa mashala. 10 Jesu a re ho bona: “Tlisang litlhapi tse ling tseo le qetang ho li tšoasa.” 11 Simone Petrose a kena ka sekepeng a hulela letlooa lebopong. Letlooa leo le ne le tšetse litlhapi tse 153 tse kholo empa ha lea ka la phatloha le hoja li ne li le ngata hakaalo. 12 Jesu a re ho bona: “Tloong le tl’o ja.” Kaofela ba ne ba tšaba ho mo botsa hore na ke mang hobane ba ne ba tseba hore ke Jesu Morena oa bona. 13 Jesu a atamela a ba fa bohobe le tlhapi. 14 Lena e ne e le lekhetlo la boraro+ Jesu a hlaha ho barutuoa ba hae ka mor’a hore a tsosoe bafung.

15 Ha ba qeta ho ja, Jesu a re ho Simone Petrose: “Simone mora oa Johanne, na u nthata ho feta lintho tsee?” A re ho eena: “E, Morena, oa tseba hore kea u rata.” Jesu a re: “Fepa likonyana tsa ka.”+ 16 A re ho eena ka lekhetlo la bobeli: “Simone mora oa Johanne, na oa nthata?” A re ho eena: “E, Morena, oa tseba hore kea u rata.” Jesu a re ho eena: “Lisa linku tsa ka tse nyenyane.”+ 17 Jesu a re ho eena ka lekhetlo la boraro: “Simone mora oa Johanne, na oa nthata?” Petrose a sareloa hobane a mo botsitse ka lekhetlo la boraro hore na oa mo rata. Eaba o re ho eena: “Morena, u tseba lintho tsohle, oa tseba hore kea u rata.” Jesu a re ho eena: “Fepa linku tsa ka tse nyenyane.+ 18 Ha u ne u le monyenyane, u ne u ikapesa, u ea hohle moo u batlang. Empa kea u tiisetsa hore ha u se u holile, u tla phahamisa matsoho ebe motho e mong oa u apesa a be a u ise moo u sa batleng ho ea.” 19 Ka ho cho joalo o ne a profeta hore Petrose o tla bolaoa ka lebaka la ho tšepahalla Molimo. Ka mor’a moo a re ho eena: “U se ke oa khaotsa ho ntatela.”+

20 Ha Petrose a hetla, a bona morutuoa eo Jesu a neng a mo rata+ a ba setse morao. Morutuoa eo ke eena ea neng a ile a itšetleha sefubeng sa Jesu ha ba le lijong tsa mantsiboea ’me a mo botsa hore na ke mang ea tl’o mo rekisa.* 21 Ha Petrose a mo bona a re ho Jesu: “Morena, monna eo eena ho tla etsahala’ng ka eena?” 22 Jesu a re ho eena: “Haeba ke batla hore a sale ho fihlela ke tla, e u ama kae taba eo? Uena u se ke oa khaotsa ho ntatela.” 23 Taba ea hore morutuoa eo o ne a ke ke a shoa e ile ea hasa-hasana har’a barutuoa. Leha ho le joalo, Jesu o ne a sa re morutuoa eo a ke ke a shoa empa o ne a itse: “Haeba ke batla hore a sale ho fihlela ke tla, e u ama kae taba eo?”

24 Enoa ke eena morutuoa+ ea pakang lintho tsena le ea li ngotseng ’me rea tseba hore bopaki ba hae ke ba ’nete.

25 Ho na le lintho tse ling tse ngata tseo Jesu a ileng a li etsa tseo ke nahanang hore ha li ne li ka ngoloa kaofela, lefatše le ne le ke ke la ba le sebaka sa ho boloka meqolo eo kaofela.+

Kapa: “ea tsoetsoeng a ’notši.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “molimo ea tsoetsoeng a ’notši.”

Kapa: “sefubeng sa Ntate.” E bolelang boemo ba motho ea ratoang haholo.

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “meqathatso.”

Ka Segerike: “hora ea leshome.”

Kapa: “feiga.”

Ka Segerike: “Mosali, taba ea ka le uena ke efe?” Mantsoe ana a bontša hore motho oa hana. Ha se hore Jesu o ne a tella ha a re “mosali.”

Ka Segerike: “litekanyo tse peli kapa tse tharo.” E ka ’na eaba tekanyo ena e ne e le bate e etsang lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Segerike: “khanya.”

Ke batho ba chenchang lichelete ba batla phaello.

Ka Segerike: “lebitsong la hae.”

Ka Segerike: “ea tsoetsoeng a ’notši.”

Kapa: “khalemeloa.”

Ka Segerike: “behile setempe sa.”

Ka Segerike: “ka hora ea botšelela.”

Kapa: “mpho e sa lefelloeng.”

Kapa: “ha a bonahale.”

Ka Segerike: “ka hora ea bosupa.”

Sheba Ntlha ea A3.

Kapa: “ba mabitleng a khopotso” e leng bao Molimo a ntseng a ba hopola.

E ka ’na eaba ho buuoa ka lintho tseo ba li entseng ka mor’a hore ba tsosoe.

Sheba Ntlha ea B14.

Ka Segerike: “liteliamo tse ka bang 25 kapa 30.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “o behile setempe sa hae sa kamohelo holim’a hae.”

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “Molimo.”

Ka Segerike: “lefatše.”

Ka Segerike: “ha le na bophelo ka ho lona.”

Ka Segerike: “sinagogeng.” Kapa mohlomong: “phuthehong.”

Kapa: “eka.”

Kapa: “diabolose.”

Kapa: “Maphephe.”

Ke likolo tsa bo-rabi.

Temana ea 53 ho ea ho khaolo ea borobeli, temana ea 11 ha li eo meqolong e mengata ea khale e tšepahalang.

Ke bana ba hlahileng batsoali ba bona ba sa nyalana. Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Kapa: “Le tšoana le melimo.”

Kapa: “lebitleng la khopotso” e leng lebitleng la batho bao Molimo a ntseng a ba hopola.

Ka Segerike: “liteliamo tse ka bang 15.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Segerike: “ba bokella Sanhedrine.”

Kapa: “sebaka sa rona sa borapeli.”

Ka Segerike: “Ponto” e leng ponto ea Baroma ea likramo tse ka bang 327. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “eka.”

Sheba Ntlha ea B14.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “lebitleng la khopotso” e leng lebitleng la batho bao Molimo a ntseng a ba hopola.

Ka Segerike: “shoa.”

Ka Segerike: “horeng ena.”

Ka Segerike: “ke phahamisoa.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “lipelo.”

Kapa: “lipelo tsa bona li sa utloisiseng.”

Ka Segerike: “sinagogeng.”

Kapa: “eke.”

Kapa: “ha ho moo ’na le uena re kopanang teng.”

Kapa: “eka.”

Kapa: “nkeka.”

Ka Segerike: “sefubeng sa hae.”

Ka Segerike: “Bana ba banyenyane.”

Kapa: “motšelisi.”

Kapa: “le likhutsana.”

Ka Segerike: “khoptjoa.”

Ka Segerike: “lisinagogeng.”

Kapa: “mothusi.”

Ka Segerike: “mesarelo.”

Kapa: “ithuta ka uena.”

E leng ho ba khethela ho etsa mosebetsi o halalelang.

Kapa: “molapo o phoroselang oa mariha oa Kidrone.”

Kapa: “ekile.”

Kapa: “ekile.”

Ka Segerike: “lisinagogeng.”

Kapa: “hoja o ne a sa tlola molao.”

Ka Segerike: “Ke uena ea chong.” Ke mokhabo-puo o bontšang ho lumela.

Ka Segerike: “hora ea botšelela.”

Kapa: “palo eo batho ba hlokofaletsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a shoa.”

Kapa mohlomong: “sephutheloana.”

Ka Segerike: “liponto tse 100.” E leng liponto tsa Baroma. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “barutuoa.”

Ka Segerike: “Bana ba banyenyane.”

Kapa: “litlhapi.”

Ke nete e tšoasang litlhapi.

Kapa: “itlama ka.”

Kapa: “a apere liaparo tsa ka hare feela.”

Ka Segerike: “litsoe tse ka bang 200.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “eka.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela