Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
Tsela ea ho Qala Lithuto Tsa Bibele ka Moqebelo oa Pele oa May
“Ntho eo re tšoanang ka eona ke hore kaofela re etsa liphoso. Na u kile ua ipotsa hore na ebe Molimo o tšoarela esita le liketso tse mpe ka ho fetisisa?” [Emela karabo.] Mo bontše sehlooho se leqepheng la 15 la Molula-Qhooa oa May 1, ebe u tšohla serapa sa pele ’me bonyane u bale lengolo le le leng le bontšitsoeng. Mo siele limakasine ebe u lokisetsa ho khutla e le hore le tl’o tsohla potso e latelang.
Molula-Qhooa May 1
“Re lakatsa ho utloa maikutlo a hao ho se boleloang mona. [Bala 1 Johanne 4:8.] Batho ba bangata ba lumellana le mantsoe ana, empa ba bang ba nahana hore e tlameha ebe Molimo o sehlōhō ka hore ebe o baka likoluoa tsa tlhaho kapa bonyane oa li lumella. Maikutlo a hao ke afe ka taba ee? [Emela karabo.] Makasine ena e hlalosa mabaka a utloahalang a bontšang hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola Molimo ka hore o sehlōhō.”
Tsoha! May
“Re ntse re etela baahelani ba rōna ho buisana le bona ka bothata bona bo tšoenyang—tlōlo ea molao. Ba bang ba nahana hore ho hlokahala mapolesa a eketsehileng e le hore re hlōle bothata bona. Uena u re’ng ka taba ee? [Emela karabo.] Na u ne u tseba hore Bibele e tšepisa hore tlōlo ea molao e tla fela? [Bala Pesaleme ea 37:10, 11.] Makasine ena e bua ka tšepiso ena ’me e fana ka mehato e loketseng eo re ka e nkang e le hore re itšireletse khahlanong le tlōlo ea molao.”