Ho Ntlafatsa Tsebo ea Rōna Boboleling—Ka ho Qalisa Thuto ea Bibele U Eme Monyako ka Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?: Re lokela ho ba mesuoe ea Lentsoe la Molimo e le hore re etse barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Kaofela ha rōna re ka atleha ho ruta re sebelisa lithulusi tseo re li filoeng. Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo! e etselitsoe ho re thusa ho ruta batho ba bang ’nete. Ha e le hantle, re ka e sebelisa leetong la pele ka hore re qalise thuto ea Bibele le mong’a ntlo re eme monyako.
Leka Sena Khoeling Ena:
Rapella hore u be le takatso ea ho khanna thuto. Hape, kōpa Jehova ka tieo hore a u thuse ho qala thuto ea Bibele le hore u be mosuoe ea atlehang ea rutang ’nete.—Bafil. 2:13.
Nakong ea borapeli ba lelapa kapa ea thuto ea botho, iphe nako ea ho tseba kenyelletso ea hao hantle. Ha u etsa joalo, u ka bua ka kholiseho ’me ua qalisa thuto ea Bibele u eme monyako.