LIPROVERBIA
1 Maele a Solomone+ morena oa Iseraele,+ mora oa Davida:+
2 Maele ana a ngoletsoe hore motho a ithute* bohlale+ le ho mamela khalemelo,*
A utloisise lipolelo tse tebileng,*
3 A amohele taeo+ e fanang ka kutloisiso e tebileng,
E mo thusang ho ba motho ea lokileng,+ ho khona ho ahlola ka toka+ le ho tšepahala,*
4 A fa ba se nang boiphihlelo bohlale,+
A fa mohlankana tsebo le bokhoni ba ho nahana.+
5 Motho ea bohlale oa mamela ’me o tsoela pele ho ithuta,+
Motho ea nang le kutloisiso o fumana tataiso e nepahetseng.*+
7 Mohato oa pele oa ho fumana tsebo* ke ho hlompha* Jehova.+
Ke lithoto* feela tse hloileng bohlale le khalemelo.+
8 Mora oa ka, u mamele ha ntate oa hao a u khalemela.+
U se ke oa lahla lintho tseo ’mè oa hao a u rutileng tsona.*+
10 Mora oa ka, haeba baetsalibe ba leka ho u hohela, u se ke oa lumela.+
11 Haeba ba re: “A re ee.
A re ba lalleng e le hore re ba bolaee.
Re tla ipata, re lalle ba hlokang molato.
12 Re tla ba koenya ba phela feela joaloka Lebitla,*
Re ba koenye ba feletse joaloka ba theohelang ka sekoting.
13 A re nkeng matlotlo ’ohle a bona,
Re tla tlatsa matlo a rona ka thepa eo re e hapileng.
15 Mora oa ka, u se ke oa tsamaea le bona.
U se ke oa hata mehlaleng ea bona.+
17 Ha ho na thuso ho chehela nonyana leraba moo e ntseng e bona.
18 Ke kahoo baetsalibe ba lallang batho ba se nang molato hore ba ba bolaee,
Baa ipata e le hore ba ba timetse.
20 Bohlale ba ’nete+ bo hoeletsa seterateng.+
Bo ntse bo phahamisa lentsoe limmarakeng.+
22 “Lona ba se nang tsebo, le tla rata ho hloka tsebo ho fihlela neng?
Lona basomi, le tla thabela ho soma ho fihlela neng?
Lona ba se nang kelello, le tla hloea tsebo ho fihlela neng?+
23 Mamelang ha ke le khalemela*+
’Me ke tla le fa bohlale,*
Ke tla le thusa ho utloisisa mantsoe a ka.+
25 La ’na la iphapanyetsa likeletso tsa ka
’Me la hana khalemelo ea ka,
26 Le ’na ke tla le tšeha ha le hlaheloa ke koluoa,
Ke tla le soma ha tlokotsi e tla,+
27 Ha tlokotsi e tla joaloka sefefo,
Le koluoa ea lona e fihla joaloka setsokotsane,
Ha le hlaheloa ke litsietsi le mahlomola.
28 Ka nako eo ba tla ’ne ba mpitse empa nke ke ka araba,
Ba tla mpatla ba be ba khathale*+
30 Ba hanne keletso ea ka,
Ba nyefotse khalemelo eohle ea ka.
32 Hobane ba se nang boiphihlelo ba tla bolaoa ke ho tsoa taolong,
Ba se nang kelello ba bolaoe ke ho se tsotelle.
2 Mora oa ka, haeba u amohela lipolelo tsa ka
U bile u boloka litaelo tsa ka,+
2 Ka ho etsa hore tsebe ea hao e mamele bohlale+
Le ho etsa hore pelo ea hao e labalabele temoho,+
3 Ho feta moo, haeba u hoeletsa kutloisiso+
’Me u bitsa temoho,+
4 Haeba u ntse u li batla joaloka silevera,+
U bile u li batlisisa joaloka matlotlo a patiloeng,+
5 U tla utloisisa hore na ho tšaba Jehova ho bolela’ng+
’Me u tla tseba Molimo.+
10 Ha bohlale bo kena ka pelong ea hao+
Le tsebo e u khahlisa,+
11 Bokhoni ba ho nahana bo tla u lebela+
Le temoho e tla u sireletsa,
12 Ho u pholosa tseleng e khopo,
Ho motho ea buang lintho tse tsoileng tseleng,+
13 Ho ba furallang litsela tse lokileng
Hore ba tsamaee litseleng tsa lefifi,+
14 Ho ba thabelang bobe,
Ba thabelang lintho tse tsoileng tseleng,
15 Ba metsamao e mebe
Le bao litsela tsohle tsa bona e leng bokhopo.
16 Bohlale bo tla u pholosa ho mosali oa letekatse,*
Ho mosali ea boitšoaro bo bobe* ea ekang ka lipuo,+
17 Ea nyahlatsang motsoalle* oa hae oa ho tloha bocheng+
A bile a lebala litumellano tsa hae le Molimo.
19 Ha ho le ea mong oa ba robalang le eena ea tla khutla
Ebile ha ho le ea mong oa bona ea tla boela a fumane litsela tsa bophelo.+
21 Ke ba lokileng feela ba tla lula lefatšeng.
Ba lulang ba tšepahala* ba tla sala ho lona.+
3 Mora oa ka, u se ke oa lebala thuto ea ka,*
U mamele litaelo tsa ka ka pelo eohle
2 E le hore u phele nako e telele,
U be u phele ka khotso.+
3 U se ke oa khaotsa ho ba le lerato* le botšepehi.*+
Li tlame molaleng oa hao,
Li ngole pelong ea hao.+
10 Joale litoro* tsa hao li tla tlala tsoete! ka lijo+
Le veine ea hao e monate e tlale* hore e be e tšolohe.
11 Mora oa ka, u se ke oa hana taeo ea Jehova,+
U se ke oa nyonya khalemelo ea hae+
12 Hobane Jehova o khalemela bao a ba ratang+
Feela joalokaha ntate a khalemela mora eo a mo ratang.+
13 Ho thaba motho ea fumanang bohlale+
Le motho ea fumanang temoho
14 Hobane ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana silevera,
16 Ka letsohong la bona le letona, bohlale bo tšoere bophelo bo bolelele.
Ka letsohong la bona le letšehali, bo tšoere maruo le khanya.
19 Jehova o ile a theha lefatše ka bohlale.+
A tiisa maholimo ka temoho.+
21 Mora oa ka, u se ke oa lebala makhabane ana.*
24 U ke ke oa tšaba letho ha u robetse.+
U tla robala ’me boroko ba hao bo tla ba monate.+
28 U se ke oa re ho moahisani: “Tsamaea, u khutle hosane ’me ke tla u neha”
Empa u e-na le hoo u ka fanang ka hona.
4 Bara ba ka, mamelang ha ntate a le laea.+
Le mamele ka hloko e le hore le be le kutloisiso
2 Kaha ke tla le fa taeo e molemo.
Le se ke la lahla thuto ea ka.*+
4 Ntate o ile a ntaela a re: “E se eka mantsoe a ka a ka lula a tsitsitse pelong ea hao.+
Mamela litaelo tsa ka e le hore u phele halelele.+
5 Fumana bohlale, fumana kutloisiso.+
U se ke oa lebala mantsoe a ka kapa hona ho iphapanyetsa ’ona.
6 U se ke oa tlohela bohlale, bo tla u sireletsa.
Bo rate, bo tla u lebela.
7 Bohlale ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa.+ Kahoo, fumana bohlale.
Ka holim’a lintho tsohle tseo u li fumanang, fumana kutloisiso.+
8 Nka bohlale bo le bohlokoa haholo ’me bo tla u phahamisa.+
Bo tla u tlotla hobane oa bo amohela.+
9 Bo tla u roesa mokhabiso o motle hloohong,
Bo u khabise ka korone e ntle.”
12 Ha u tsamaea, mehato ea hao e ke ke ea sitisoa ke letho,
Haeba u matha, u ke ke oa khoptjoa.
13 Amohela taeo, u se ke oa e hana.+
U lule u e hopola hobane e tla u phelisa.+
15 U se ke oa nka tsela eo, e qobe.+
Tsamaella hole le eona ’me u iphetele+
16 Hobane batho ba khopo ha ba khone ho robala ntle le hore ba etse bobe,
Ha ba sa khope motho, ba sitoa ho robala.
17 Ba ja bohobe ba bokhopo,
Ntoa ke veine ea bona.
18 Empa tsela ea ba lokileng e tšoana le mahlaseli a meso
Ao khanya ea ’ona e ntseng e eketseha ho fihlela har’a mpa ea motšehare.+
19 Tsela ea ba khopo e joaloka lefifi,
Ha ba tsebe hore na ba khoptjoa ke eng.
20 Mora oa ka, u ele hloko mantsoe a ka.
Mamela lipolelo tsa ka ka hloko.*
27 U se ke oa khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+
Furalla lintho tse mpe.
5 Mora oa ka, mamela mantsoe a ka a bohlale.
U mamele ka hloko seo ke se rutang ka temoho*+
3 Etsoe mantsoe a mosali ea boitšoaro bo bobe* a monate joaloka mahe a linotši,+
A boreleli ho feta oli.+
5 Maoto a hae a theohela lefung.
Mehato ea hae e lebisa Lebitleng.*
6 Ha a tsotelle tsela ea bophelo.
Litsela tsa hae li hlahlatheletse moo a sa tsebeng.
7 Joale bara ba ka, ’mameleng
’Me le se ke la iphapanyetsa seo ke se buang.
8 Tsamaellang hole le eena,
Le se ke la atamela monyako oa ntlo ea hae+
9 E le hore le se ke la itlosa seriti+
Kapa la sotleha bophelo bohle ba lona+
10 E le hore batho ba bang ba se ke ba ja matla a lona+
Kapa lintho tseo le li sebelelitseng ka thata tsa jeoa lefa ke motho e mong.
11 Ho seng joalo, le tla lla qetellong ea bophelo ba lona
Ha ’mele ea lona le matla a lona a fela,+
12 Le tla re: “Ke ne ke hloile ho khalemeloa,
Ke* hloile ho bontšoa liphoso.
13 Ke ne ke sa mamele barupeli ba ka
Ke bile ke iphapanyetsa mesuoe ea ka.
16 Ke hobane’ng ha u batla hore liliba tsa hao li hasane ka ntle
Le melapo ea hao ea metsi e hasane literateng?+
18 Seliba sa hao se ke se hlohonolofatsoe,*
U thabe le mosali oa bocha ba hao,+
19 O joaloka khama e tšehali e ratehang kapa potsanyane*+ e ntle.
Matsoele a hae a u khotsofatse* ka linako tsohle.
E se eka lerato la hae le ka u taha kamehla.+
23 O tla shoa hobane ha a mamela ha a khalemeloa,
A khelohe ka lebaka la bothoto ba hae.
6 Mora oa ka, haeba u itlamme hore u tla patalla moahisani oa hao sekoloto,+
Haeba u entse tumellano le motho,*+
2 Haeba tšepiso ea hao e fetohile leraba ho uena
Le mantsoe a hao*+ a fetohile sefi,
3 Etsa tjena mora oa ka hore u itopolle
Kaha joale u matsohong a moahisani oa hao:
E-ea u ikokobetse ’me u kope moahisani oa hao hore a u lokolle tumellanong ea lona.+
4 U se ke oa robala
Kapa hona ho otsela.
5 Itopolle joaloka tšephe letsohong la setsomi
Joaloka nonyana letsohong la ea tšoasang linonyana.
7 Le hoja bo se na molaoli, motsamaisi kapa ’musi,
8 Bo ipatlela lijo tsa bona hlabula,+
Bo bokella lijo tsa bona ha ho kotuloa.
9 Uena ea botsoa, u tla robala moo ho fihlela neng?
U tla tsoha borokong neng?
10 U ntse u re: “A nke ke robale hanyenyane, nke ke re shoa! hanyenyane,
Ke phuthe matsoho hanyenyane ke iphomolele.”+
12 Motho ea se nang thuso a bile a le khopo o tsamaea a bua mashano,+
13 O koba leihlo,+ o tapa-tapa ka leoto le ho supa ka menoana.
14 Pelo ea hae e tletse bobe.
Ka nako eohle o rerile bokhopo+ ebile o baka liqabang.+
16 Ho na le lintho tse tšeletseng tseo Jehova a li hloileng,
Ha e le hantle, ke lintho tse supileng tseo a li nyonyang:
17 Boikhohomoso,+ leshano,+ ho bolaea batho ba se nang molato,+
18 Ho rera bokhopo,+ ho potlakela bobeng,
19 Ho fana ka bopaki ba bohata+
Le ho qabanya bana ba motho.+
21 Li boloke pelong ea hao kamehla,
U li fase molaleng oa hao.
22 Ha u tsamaea, li tla u tataisa,
Ha u robala, li tla u lebela.
Ha u tsoha, li tla u hlokomela.*
25 U se ke oa lumella pelo ea hao hore e khahloe ke botle ba hae+
Kapa oa mo lumella hore a u hape ka mahlo.
26 Monna o tla futsaneha*+ ka lebaka la letekatse
Empa o tla lahleheloa ke bophelo ka lebaka la mosali oa motho e mong.
27 Na motho a ka bokella mollo sefubeng sa hae ebe liaparo tsa hae ha li che?+
28 Kapa na motho a ka tsamaea holim’a mashala ebe maoto a hae ha a tlabohe?
29 Ho joalo le ka mang kapa mang ea robalang le mosali oa motho,*
Mang kapa mang ea thetsang mosali eo o tla fuoa kotlo.+
30 Batho ha ba hloee lesholu
Hobane feela le utsoa hore le khore ha le lapile.
31 Empa ha le fumanoa, le tla lefa ka makhetlo a supileng,
Le fane ka matlotlo ’ohle a ntlo ea lona.+
35 A ke ke a amohela matšeliso a* mofuta leha e le ofe,
Ho sa tsotellehe hore na u mo fa mpho e kholo hakae, bohale ba hae bo ke ke ba kokobela.
4 E-re ho bohlale: “U ausi oa ka”
’Me u re ho kutloisiso: “U mong ka ’na.”
5 Li tla u lebela khahlanong le mosali oa letekatse,*+
Khahlanong le mosali ea boitšoaro bo bobe* le mantsoe a hae a monate.*+
6 Ke ile ka hlahela ka fensetere ea ntlo ea ka
Eaba ke sheba tlase.
8 O ile a feta pel’a seterata sa mosali eo
Eaba o nka tsela e eang ntlong ea hae.
10 Eaba ke bona mosali a mo khahlanyetsa,
A apere joaloka* letekatse,+ a e-na le morero oa bolotsana.*
13 A tšoara mohlankana ’me a mo suna.
A sa soabe, a re ho eena:
14 “Ke ne ke lokela ho etsa mahlabelo a khotso.*+
Kajeno ke phethile likano tsa ka.
15 Ke kahoo ke tlileng ho u khahlanyetsa.
Ke u batlile ’me ke u fumane.
17 Ke fafalitse bethe ea ka ka mira, makhala le sinamone.+
18 Tloo, re ikhotsofatse ka lerato ho fihlela hoseng,
A re taeane ka lerato.
19 Monna oa ka ha a eo lapeng,
O etetse hole.
20 O tsamaile ka mokotla oa chelete
’Me o tla khutla mohla khoeli e tolokileng.”
21 O khelosa mohlankana eo ka ho mo phehella.+
O mo eka ka lipuo tse monate.
22 Hang-hang mohlankana eo o mo sala morao joaloka poho e tl’o hlajoa,
Joaloka leoatla le tlanngoeng hore le tl’o fuoa kotlo.+
23 Qetellong motsu o tla phunya sebete sa hae.
O tšoana le nonyana e potlakelang sefing, ha a tsebe hore o tla shoa.+
24 Joale bara ba ka, ’mameleng,
Mamelang ka hloko mantsoe ao ke a buang.
25 Le se ke la lumella lipelo tsa lona ho khelohela litseleng tsa mosali eo.
Le se ke la hlahlathella litseleng tsa hae.+
8 Bohlale bo ntse bo hoeletsa.
Temoho e ntse e phahamisa lentsoe.+
6 Mamelang hobane ke bua litaba tsa bohlokoa,
Ke bua lintho tse lokileng,
7 Molomo oa ka o bua ’nete,
Molomo oa ka o nyonya bokhopo.
8 Lipolelo tsohle tsa molomo oa ka li lokile.
Ha ho le e ’ngoe ea tsona e sothehileng kapa eo e leng leshano.
9 Kaofela ha tsona li hlakile ho ea nang le kelello
Hape li lokile ho ba fumaneng tsebo.
11 Etsoe bohlale bo molemo ho feta likorale,*
Lintho tse ling tsohle tseo motho a ka li lakatsang ha se letho ha li bapisoa le bohlale.
13 Ho tšaba Jehova ho bolela ho hloea bobe.+
Ke hloile boikhohomoso, boikakaso,+ bokhopo le leshano.+
14 Ke na le keletso ea bohlokoa le bohlale.+
Ke na le kutloisiso+ le matla.+
15 Marena a ntse a busa ka lebaka la ka
Le liofisiri tse kholo li etsa melao e lokileng ka lebaka la ka.+
16 Ke ka ’na likhosana li ntseng li busa
Le bahlomphehi ba ahlolang ka toka.
18 Ke na le maruo le tlhompho,
Matlotlo a sa senyeheng le ho loka.
19 Litholoana tsa ka li molemo ho feta khauta, li molemo ho feta khauta e hloekisitsoeng.
Lihlahisoa tsa ka li molemo ho feta silevera e ntle.+
20 Ke tsamaea tseleng ea ho loka,
Bohareng ba litsela tsa toka.
22 Jehova o ile a mpopa ke le qalo ea mosebetsi oa hae,+
Ke le oa pele linthong tsa khale tseo a li fihletseng.+
23 O ile a mpeha boemong bo phahameng ho tloha khale,+
Ho tloha qalong, linakong tsa pele lefatše le e-ba teng.+
25 Pele lithaba li thehoa,
Pele ho e-ba le maralla, ke ile ka hlaha,
26 Pele a etsa lefatše le naha
Le lekote la pele la mobu oa lefatše.
27 Ke ne ke le teng ha a etsa maholimo;+
Ha a beha moeli pakeng tsa leholimo le leoatle,+
28 Ha a tsitsisa maru sepaka-pakeng,
Ha a etsa mehloli ea leoatle,
29 Ha a sehela leoatle meeli
E le hore metsi a lona a se ke a tlola meeli+ eo a e behileng,*
Ha a rala metheo ea lefatše,
30 Ke ne ke e-na le eena ke le mosebetsi ea hloahloa.+
Letsatsi le letsatsi ke ne ke le eo a mo ratang haholo,+
Ka nako eohle ke ne ke thabile ka pel’a hae.+
31 Ke ne ke thabetse lefatše la hae,
Ka ho khetheha ke ne ke rata batho.
32 Joale bara ba ka, ’mameleng.
Ho thaba ba tsamaeang litseleng tsa ka.
34 Ho thaba motho ea ’mamelang
Ka ho tla esale hoseng* menyako ea ntlo ea ka letsatsi le letsatsi,
Ka ho ema pel’a menyako ea ka.
5 “Tloo, u je bohobe ba ka,
U noe le veine eo ke e tsoakileng.
8 U se ke oa khalemela mosomi hobane o tla u hloea.+
Khalemela motho ea bohlale ’me o tla u rata.+
9 Ruta motho ea bohlale ’me o tla hlalefa le ho feta.+
Ruta motho ea lokileng ’me o tla ’ne a eketse tsebo ea hae.
10 Mohato oa pele oa ho fumana bohlale* ke ho hlompha* Jehova.+
Ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa+ ho bolela kutloisiso.
12 Haeba u hlalefa, bohlale ba hao bo tla tsoela uena molemo
Empa haeba u le mosomi, ke uena u le mong ea tla ja litholoana tsa ho soma.
13 Mosali ea se nang kelello o lerata.+
Ke sethoto ebile ha a tsebe letho ho hang.
14 O lula monyako oa ntlo ea hae,
Holim’a setulo sebakeng se phahameng sa motse,+
15 O hoeletsa ba fetang ka tsela,
O re ho ba iphethelang mabaka a bona:
16 “Mang kapa mang ea se nang tsebo a ke a fapohele mona.”
18 Empa ba se nang kelello ha ba tsebe hore ntlo ea hae e tletse bafu,
Mora ea bohlale o thabisa ntate oa hae+
Empa mora ea se nang kelello ke mesarelo ea ’mè oa hae.
2 Matlotlo a fumanoeng ka bokhopo e tla ba a se nang thuso
Empa ho loka ke hona ho lopollang motho lefung.+
5 Mora ea bohlale o bokella lijo nakong ea lehlabula
Empa mora ea robalang ha ho kotuloa oa itlotlolla.+
10 Motho ea kobang leihlo ka bolotsana o baka masisa-pelo+
’Me ea buang ka ho hloka kelello o tla timela.+
11 Molomo oa ea lokileng ke mohloli oa bophelo+
Empa mantsoe a ba khopo a pata ntoa eo ba e koetlileng.+
15 Maruo a morui aa mo sireletsa.*
Empa bafutsana ba bolaoa ke bofutsana ba bona.+
16 Mesebetsi ea motho ea lokileng e lebisa bophelong
Empa mesebetsi ea motho ea khopo e lebisa sebeng.+
17 Ea mamelang ha a khalemeloa ke tsela e lebisang bophelong*
Empa ea sa mameleng ha a khalemeloa o khelosa ba bang.
23 Ho ea se nang kelello, ho etsa boitšoaro bo hlabisang lihlong ho joaloka papali
Empa bohlale ke ba motho ea nang le kutloisiso.+
24 Ntho eo ea khopo a e tšohileng ke eona e tla mo hlahela
Empa lintho tseo ba lokileng ba li labalabelang li tla phethahatsoa.+
32 Molomo oa ea lokileng o bua lintho tse thabisang
Empa molomo oa ea khopo o bua leshano.
11 Jehova o nyonya sekala sa ho bekha se qhekellang
Empa o khahlisoa ke sekala se bekhang* ka tsela e nepahetseng.+
5 Liketso tse ntle tsa ea lokileng li tla otlolla tsela ea hae
Empa ea khopo o tla oa ka lebaka la bokhopo ba hae.+
6 Ba lokileng ba tla pholosoa ke ho loka ha bona+
Empa balotsana ba tla tšoasoa ke lintho tseo ba li ratang.+
10 Lintho tse molemo tse etsoang ke batho ba lokileng li tlisa thabo motseng
Empa ha ba khopo ba timela ho ba le mohoo oa thabo.+
11 Tlhohonolofatso eo ba lokileng ba e fumanang e haha motse+
Empa mantsoe a ba khopo a senya motse.+
15 Motho ea itlamang hore o tla patala sekoloto sa e mong o ikenya mathateng+
Empa ea sa potlakeleng ho etsa litumellano o tla qoba mathata.
19 Ea lulang a etsa lintho tse lokileng o tla fumana bophelo+
Empa ea khothalletseng ho etsa bokhopo* o tla shoa.
22 Mosali e motle empa a se na kelello
O joaloka lesale la khauta sefeneng sa kolobe.
24 Ea fanang o qetella a e-na le ho hongata le ho feta+
Empa ea timanang leha a lokela ho fana, o qetella e le mofutsana.+
27 Ea khothallang ho etsa se molemo o tla hauheloa+
Empa ea phehellang ho etsa bobe, joang kapa joang bobe bo tla mo oela holimo.+
29 Mang kapa mang ea tlisetsang ba ntlo ea hae likhathatso* a ke ke a fumana letho,*+
Sethoto se tla sebeletsa ea bohlale.
31 Haeba ea lokileng o tla fumana moputso o mo loketseng lefatšeng,
Hakaakang ka ea khopo le moetsalibe.+
3 Motho a ke ke a itšireletsa ka ho ba khopo+
Empa ba lokileng ba tla tšoana le sefate se ke keng sa fotholoa.
4 Mosali oa sebele ke korone ho monna oa hae+
Empa mosali ea liketso li tlotlollang o joaloka lefu le bolisang masapo ho monna oa hae.+
5 Menahano ea ba lokileng e na le toka
Empa keletso ea ba khopo ea thetsa.
9 Ho molemo ho khelloa fatše empa u e-na le mosebeletsi
10 Ea lokileng o hlokomela liphoofolo tsa hae.+
Ea khopo eena o nahana hore o mohau empa ha e le hantle o sehloho.
11 Ea lemang masimo a hae o tla fumana lijo tse ngata+
Empa ea phehellang lintho tse se nang thuso ha a na kelello.*
12 Ea khopo o khalla phofu ea ba bang ba khopo
Empa ba lokileng ba joaloka lifate tse metso e tebileng ’me ba beha litholoana.
17 Paki e tšepahalang e bua ’nete
Empa paki ea bohata e bua leshano.
19 Melomo e buang ’nete e tla mamella ka ho sa feleng+
Empa leleme le buang leshano le ke ke la tšoarella.+
21 Ba lokileng ba ke ke ba hlaheloa ke letho le kotsi+
Empa bophelo ba batho ba khopo bo tla tlala mathata.+
26 Ea lokileng o batlana le makhulo a mo loketseng
Empa tsela ea ba khopo ea ba lahla.
3 Ea lebelang molomo oa hae* o sireletsa bophelo ba hae*+
Empa ea buang feela a sa nahane o tla timela.+
4 Motho ea botsoa o lakatsa feela empa ha a na letho.+
Ha e le ea khothetseng eena o tla khora.*+
5 Ea lokileng o hloile leshano+
Empa liketso tsa ba khopo li baka mahlabisa-lihlong ebile lia soabisa.
7 Ho na le ea etsang eka ke morui empa a se na letho.+
Ho na le e mong ea etsang eka ke mofutsana empa a e-na le maruo a mangata.
12 Ha ntho eo motho a e lebeletseng* e lieha ho phethahala, e kulisa pelo+
Empa ha seo a se lakatsang se phethahala, ke sefate sa bophelo.+
13 Mang kapa mang ea nyonyang molao* o tla khola litholoana tse bosula+
Empa ea hlomphang taelo o tla putsoa.+
15 Motho ea nang le temoho o ratoa ke batho
Empa ba bolotsana ba phela ka thata.
18 Ea sa mameleng ha a khalemeloa o tla futsaneha le ho tlotlolleha
Empa ea mamelang ha a khalemeloa o tla fumana tlotla.+
19 Motho oa thaba ha ntho eo a e lakatsang e etsahala,+
Ba se nang kelello ha ba batle ho furalla bobe.+
20 Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa+
Empa ea sebelisanang le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.+
22 Motho ea lokileng o siela litloholo tsa hae lefa
Empa leruo la moetsalibe le tla bolokeloa ea lokileng.+
3 Lipuo tsa boikhohomoso tsa leoatla li tšoana le molamu
Empa lipuo tsa ba bohlale li tla ba sireletsa.*
4 Moo ho se nang likhomo sejelo se hloekile
Empa matla a poho a etsa hore ho be le lijo tse ngata.
6 Motho ea ikhohomosang o batla bohlale empa ha a bo fumane
Empa tsebo e itlela habonolo ho motho ea nang le kutloisiso.+
8 Ka lebaka la bohlale, motho ea nang le temoho o tseba moo a eang
10 Motho o tseba bohloko ba pelo ea hae
Ebile ha ho ea ka utloisisang thabo e ka pelong ea motho.
13 Leha motho a ntse a tšeha, e ka ’na eaba pelo ea hae e bohloko.
Le thabo e ka fetoha masoabi.
14 Ea pelo e mpe o tla kotula litholoana tsa litsela tsa hae+
Empa motho ea lokileng o tla fumana moputso oa mesebetsi ea hae.+
15 Ea se nang tsebo* o lumela lentsoe le leng le le leng
Empa ea bohlale o nahana ka mohato o mong le o mong oa hae.+
16 Ea bohlale o hlokolosi ’me o furalla bobe
Empa ea se nang kelello ha a tsotelle* ebile o itšepa ho tlola.
19 Batho ba sa lokang ba tla lokela ho inamela ba lokileng,
Ba khopo ba iname likeiting tsa ea lokileng.
24 Korone ea ba bohlale ke leruo la bona
Empa bothoto ba ba se nang kelello bo tsoala bothoto bo fetang.+
25 Paki ea ’nete e pholosa bophelo ba batho
Empa e leshano e bua leshano feela.
31 Ea qhekellang mofutsana o rohaka ’Mopi* oa hae+
Empa ea hauhelang ea futsanehileng o tlotlisa ’Mopi.+
32 Ea khopo o tla lihuoa ke bokhopo ba hae
Empa ea lokileng o tla sireletsoa ka lebaka la botšepehi ba hae.+
33 Motho ea nang le kutloisiso ha a ithorise* ka bohlale ba hae+
Empa ea se nang kelello o lula a ithorisa ka tsebo ea hae.
35 Morena o khahlisoa ke mohlanka ea bontšang hore o na le temoho+
Empa o halefisoa ke ea itšoarang ka mokhoa o hlabisang lihlong.+
2 Maleme a ba bohlale a sebelisa tsebo hantle+
Empa melomo ea lithoto e phasoloha lintho tse se nang kelello.
5 Ea se nang kelello ha a mamele khalemelo ea ntate oa hae+
Empa motho ea mamelang khalemelo o bohlale.+
6 Ho na le maruo a mangata ka tlung ea motho ea lokileng
11 Jehova o bona ba ka Lebitleng* le sekoting sa timetso,*+
Joale a ka sitoa ke’ng ho bona se ka lipelong tsa batho?+
12 Moikhohomosi ha a rate motho ea mo khalemelang.+
A ke ke a kopa keletso ho ba bohlale.+
13 Pelo e thabileng e etsa hore sefahleho se khanye khotso
Empa pelo e utloileng bohloko e liha moea.+
16 Ho molemo ho ba le ho honyenyane empa u tšaba Jehova+
Ho feta ho ba le maruo a mangata a tsamaeang le matšoenyeho.*+
21 Ea se nang kelello* o thabela booatla+
Empa motho ea nang le temoho o tsamaea tseleng e nepahetseng.+
23 Motho oa thaba ha a fana ka karabo e ntle+
’Me lentsoe le buuoang ka nako e nepahetseng le molemo haholo.+
27 Ea etsang phaello ka bolotsana o tlisetsa ba ntlo ea hae mathata*+
Empa ea hloileng tjotjo o tla ’ne a phele.+
28 Motho ea lokileng oa nahana pele a bua*+
Empa melomo ea ba khopo e phasoloha lintho tse fosahetseng.
32 Mang kapa mang ea hanang khalemelo o hloile bophelo ba hae+
Empa mang kapa mang ea mamelang khalemelo o fumana kutloisiso.*+
2 Litsela tsohle tsa motho li bonahala li lokile* ho eena+
Empa Jehova o hlahloba hore na sepheo sa motho ke sefe.+
4 Jehova o etsa hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phethe morero oa hae,
O etsa hore le ba khopo ba timetsoe letsatsing la koluoa.+
5 E mong le e mong ea ikhohomosang* oa nyonyeha ho Jehova.+
Kholiseha hore o tla fuoa kotlo.
6 Phoso e koaheloa ka lerato le botšepehi.+
Hape motho o furalla bobe ka ho tšaba Jehova.+
7 Ha Jehova a khahloa ke liketso* tsa motho,
O etsa hore esita le lira tsa hae li lule le eena ka khotso.+
10 Morena o lokela ho phatlalatsa liqeto tse lumellanang le thato ea Molimo,*+
A ahlole ka toka ka linako tsohle.+
11 Likala tsa ho bekha tse tšepahalang ke tsa Jehova,
Majoe a ho bekha a ka mokotleng a tsoa ho eena.+
16 Ho fumana bohlale ho molemo ho feta ho fumana khauta.+
Ho fumana kutloisiso ho molemo ho feta ho fumana silevera.+
17 Ba lokileng ba qoba litsela tse fosahetseng.
Mang kapa mang ea elang hloko litsela tsa hae o sireletsa bophelo ba hae.+
22 Temoho ke seliba sa bophelo ho ba nang le eona
Empa lithoto li rutoa ke bothoto ba tsona.
28 Motho ea likhathatso* oa qabanya.+
Moetselletsi o arola metsoalle ea hlooho ea khomo.+
29 Motho ea likhoka o eka moahisani oa hae
Ebile o mo lebisa tseleng e fosahetseng.
30 O koba leihlo ha a rera bolotsana.
O etsa bobe a ntse a bososela.*
32 Ea liehang ho halefa+ o molemo ho feta monna ea matla
’Me ea laolang bohale ba hae* o molemo ho feta motho ea hapang motse.+
2 Mohlanka ea nang le temoho o tla busa mora oa mong’a hae ea liketso li soabisang,
O tla ja lefa joaloka e mong oa bara ba mong’a hae.
3 Silevera le khauta li hloekisoa ka ho qhibilihisoa mollong+
Empa Jehova ke eena ea hlahlobang lipelo.+
4 Motho ea khopo o mamela ka hloko lipuo tse bohloko.
Molotsana o mamela lipuo tse hlabang.+
5 Motho ea somang mofutsana o rohaka ’Mopi* oa hae.+
Ea thabelang koluoa ea e mong o tla fumana kotlo.+
7 Lipuo tse lokileng* ha li tšoanele motho ea se nang kelello.+
Leshano le lona ha le tšoanele morena.*+
8 Mpho e tšoana le lejoe la bohlokoa ho motho ea fanang ka eona.+
E mo atlehisa nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang.+
9 Mang kapa mang ea tšoarelang* phoso o batla lerato+
Empa ea lulang a bua ka phoso o arola metsoalle ea hlooho ea khomo.+
10 Motho ea nang le kutloisiso oa mamela ha a khalemeloa+
Empa motho ea se nang kelello ha a mamele leha a ka otloa halekholo.+
12 Ho molemo hore motho a teane le bere e nketsoeng malinyane
Ho feta hore a teane le sethoto se tšepileng bothoto ba sona.+
14 Ho qala ntoa ho tšoana le ho bulela letamo la metsi.*
Pele khang e qhoma, u itsamaele.+
15 Mang kapa mang ea lokollang ea khopo le mang kapa mang ea ahlolang ea lokileng,+
Ka bobeli baa nyonyeha ho Jehova.
17 Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle+
’Me ke ngoan’eno eo u ka mo tšepang linakong tsa mahlomola.+
18 Motho ea se nang kelello* o etsa tumellano
’Me o itlama ka pel’a moahisani hore o tla patalla motho e mong sekoloto.+
19 Ea ratang likhang o tla etsa liphoso.+
Mang kapa mang ea lulang a ithorisa o ipitsetsa tlokotsi.*+
21 Motsoali oa ngoana ea hlokang kelello o tla sareloa,
Ntate oa ngoana ea se nang kelello ha a thabe.+
24 Motho ea nang le temoho o shebile bohlale feela
Empa ea hlokang kelello o thalatsa mahlo ho ea fihla moo lefatše le fellang.+
26 Ha ho hotle ho fa ea lokileng kotlo.*
Ho otla bahlomphehi ha se ntho e lokileng.
27 Motho ea nang le tsebo oa ithiba ha a bua,+
Athe motho ea nang le temoho o tla lula a khobile matšoafo.+
28 Esita le motho ea se nang kelello, ha a thola o tla nkoa a le bohlale.
Ea koalang molomo oa hae o tla nkoa a e-na le temoho.
18 Ea ikarolang ho batho ba bang o shebile feela ho khotsofatsa litakatso tsa hae.
O hanyetsa* bohlale bohle.
2 Motho ea se nang kelello ha a batle ho utloisisa letho.
A ka mpa a senola se ka pelong ea hae.+
3 Ha motho a le khopo, o tla telloa.
Hape ha motho a etsa lintho tse soabisang, o tla tlotlolleha.+
4 Mantsoe a motho a joaloka boliba.+
Seliba sa bohlale se joaloka metsi a phallang.
7 Motho ea se nang kelello o timetsoa ke lipuo tsa hae+
’Me lipolelo tsa hae ke leraba bakeng sa hae.*
8 Mantsoe a ea ratang ho senya ba bang lebitso a tšoana le lijo tse monate.*+
A theohela hamonate ho ea fihla ka mpeng.+
10 Lebitso la Jehova ke tora e matla.+
Ea lokileng o balehela ho lona ’me oa sireletsoa.*+
11 Maruo a morui ke motse oa hae o matla.
Monahanong oa hae, a joaloka lerako le sireletsang.+
19 Ho kokobetsa bohale ba motsoalle ea utloisitsoeng bohloko, ho thata ho feta ho hapa motse o matla.+
Likhang li arola batho joaloka litšepe tsa likeiti tsa motse o matla.+
20 Lipuo tsa motho li tšoana le lijo tse mo khorisang.+
O tla khora litholoana tsa lipuo tsa hae.
23 Mofutsana o kopa mohau ho morui
Empa morui o mo araba ka bohale.
24 Ho na le metsoalle e ratang ho utloisana bohloko+
Empa ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.+
3 Booatla ba motho bo mo lebisa tseleng e fosahetseng
Ebe pelo ea hae e halefela Jehova.
4 Motho ea ruileng o ba le metsoalle e mengata
Empa motho ea futsanehileng o tla lahloa le ke motsoalle oa hae ea mong.+
6 Ba bangata ba batla ho ratoa ke mohlomphehi*
’Me e mong le e mong ke motsoalle oa motho ea fanang ka limpho.
7 Bana ba bo mofutsana ba mo hloile kaofela.+
Metsoalle ea hae e mo furaletse le ho feta.+
O lula a ba kopa empa ha ba na taba le eena.
8 Ea batlang bohlale* oa ithata.+
Ea ratang* temoho o tla atleha.*+
10 Sethoto ha se tšoaneloe ke ho hafa ka nkatana
Feela joalokaha mohlanka a sa tšoaneloe ke ho busa likhosana.+
12 Khalefo ea morena e tšoana le ho rora ha tau*+
Empa lerato la hae le joaloka phoka holim’a limela.
13 Mora ea hlokang kelello o tlisetsa ntate oa hae litsietsi.+
Mosali ea ratang likhang* eena o tšoana le marulelo a lulang a nela.+
15 Motho ea botsoa o rata boroko haholo.
Motho ea sa batleng ho sebetsa o tla lapa.+
19 Ha motho e le sefela-peloana o tla lefa haboima.
Ha u ka leka ho mo lopolla, u tla lula u mo lopolla nako le nako.+
22 Ntho e khahlehang ho motho ke lerato+
Ebile ho molemo ho futsaneha ho e-na le ho ba motho ea leshano.
23 Ho tšaba Jehova ho lebisa bophelong,+
Ea mo tšabang o tla phela ka boiketlo, ha ho na letho le tla mo ntša kotsi.+
24 Ea botsoa o kentse letsoho la hae ka sekotlolong se seholo
Empa o tsoafa le ho le isa ka hanong la hae.+
25 Shapa mosomi+ e le hore ea se nang tsebo a ka hlalefa,+
Khalemela ea bohlale e le hore a eketse tsebo ea hae.+
27 Mora oa ka, haeba u khaotsa ho mamela ha u lauoa,
U tla kheloha lithuto tsa tsebo.
20 Veine e tla u tšehisa ka batho,+ joala bo morusu.+
Mang kapa mang ea khelosoang ke tsona ha a bohlale.+
2 Tšabo eo morena a e bakang e tšoana le e bakoang ke ho rora ha tau.*+
Mang kapa mang ea mo halefisang o beha bophelo ba hae kotsing.+
3 Ke ntho e hlomphehang hore motho a qobe ho pheha khang+
Empa leoatla le leng le le leng le rata ho pheha khang.+
6 Batho ba bangata ba ithorisa ka hore ba lerato
Empa ke mang ea ka fumanang motho ea tšepahalang?
7 Ea lokileng o phela ka botšepehi.+
10 Likala tsa ho bekha tse qhekellang le litekanyo tse sa nepahalang,*
Ka bobeli ba tsona Jehova oa li nyonya.+
11 Esita le ngoana* o tsebahala ka liketso tsa hae
Hore na boitšoaro ba hae bo hloekile ebile bo lokile.+
13 U se ke oa rata boroko, ho seng joalo u tla futsaneha.+
Tsoha e le hore u be le lijo tse ngata.+
14 Moreki o re: “Ntho ena e mpe, e mpe!”
Ka mor’a moo oa tsamaea ebe joale oa ithorisa.+
16 Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.+
Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosali ea boitšoaro bo bobe,* u behe thepa ea hae paneng.+
17 Bohobe bo fumanoeng ka bolotsana bo monate
Empa ka mor’a moo, motho o tla tlala lehlabathe ka hanong.+
18 Merero e tla atleha* ha ho buisanoa.*+
U loane ntoa ea hao ka tataiso e bohlale.+
19 Motho ea ratang ho senya ba bang lebitso o tsamaea a ntša makunutu.+
U se ke oa ba motsoalle oa motho ea ratang ho seba.*
20 Mang kapa mang ea rohakang ’mè oa hae le ntate oa hae,
Lebone la hae le tla tingoa ha ho e-ba lefifi.+
22 U se ke oa re: “Ke tla iphetetsa.”+
Tšepa Jehova+ ’me o tla u pholosa.+
24 Mehato ea motho e laoloa ke Jehova.+
Motho a ke ke a utloisisa tsela eo a lokelang ho e nka.*
25 Ke leraba hore motho a itlame ka lepotlapotla hore o tla fa Molimo mpho+
Ebe ka mor’a moo, ke hona a nahanisisang ka boitlamo boo a bo entseng.+
27 Lintho tseo motho a li buang li* tšoana le lebone la Jehova,
Le ntseng le mo hlahloba ka hare-hare.
28 Lerato le botšepehi li sireletsa morena.+
O tšehetsa terone ea hae ka lerato.+
21 Pelo ea morena e tšoana le melapo ea metsi e ka letsohong la Jehova.+
5 Merero ea motho ea khothetseng ea mo thusa*+
Empa e mong le e mong ea lepotlapotla o tla futsaneha.+
7 Ba khopo ba tla timela hobane ba rata ntoa.+
Ba hana ho phetha toka.
11 Ha mosomi a fumana kotlo, ea se nang boiphihlelo oa hlalefa
Leha motho ea bohlale a fumana temoho, o eketsa tsebo ea hae.*+
13 Mang kapa mang ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa sello sa mofutsana
Le eena o tla lla ’me a ke ke a mameloa.+
14 Mpho e fanoang lekunutung e kokobetsa bohale,+
Mpho e fanoang sephiring,* e kokobetsa bohale bo tukang.
24 Motho ea ikhohomosang le ea ratang ho ithorisa,
Ke ea ikakasang a sa tšoenyehe le ka litla-morao.+
26 Ka lebaka la ho khala, letsatsi lohle o lula a batla ho ekeletsoa
Empa motho ea lokileng oa fana.+
27 Molimo o nyonya sehlabelo sa ea khopo.+
Ha a fana ka sona ka sepheo se sebe, O se nyonya le ho feta.*
29 Motho ea khopo ha a bonahale a soabile+
Empa ea lokileng ke eena eo tsela ea hae e sireletsehileng.*+
30 Ha ho bohlale, temoho kapa morero o ka hanyetsang Jehova.+
22 Khetha botumo bo botle* ho e-na le maruo a mangata.+
Ho hlomphuoa ho molemo ho feta silevera le khauta.
2 Morui le mofutsana ba tšoana ka ntho ena:*
Jehova o ba bopile ba le babeli.+
3 Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata
Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.*
5 Meutloa le lifi li tseleng ea motho ea sa tšepahaleng
Empa ea ratang bophelo ba hae o emella hole le tsona.+
6 Ruta ngoana* tsela eo a lokelang ho e nka.+
Esita leha a tsofala a ke ke a e fapoha.+
10 Leleka mosomi
Qabang e fele.
Likhang* le litlhapa le tsona li tla khaotsa.
14 Melomo ea basali ba lihlola* e joaloka sekoti se tebileng.+
Ea ahlotsoeng ke Jehova o tla oela ka ho sona.
15 Booatla bo tlameletsoe pelong ea ngoana*+
Empa thupa e mo khalemelang e tla bo suthisetsa hole le eena.+
16 Ea etsetsang bafutsana bolotsana hore a ikekeletse maruo+
Le ea fang barui limpho,
Qetellong o tla futsaneha.
18 Ke ntho e monate ho a boloka ka pelong ea hao+
E le hore kaofela ha ’ona a ka ba molomong+ oa hao ka linako tsohle.
19 Ke u fa tsebo kajeno
E le hore tšepo ea hao e be ho Jehova.
20 Ke u ngolletse
E le hore ke u fe likeletso le tsebo,
21 Ho u ruta mantsoe a ’nete le a tšepahalang
E le hore u khutle le tlaleho e nepahetseng ho ea u rommeng.
22 U se ke oa utsoetsa bafutsana hobane ba futsanehile+
’Me u se ke oa hatella ba hlokang ha u e-na le nyeoe le bona.*+
24 U se ke oa lula le sefela-peloana
Kapa oa tloaelana le motho ea halefang le feela,
25 E le hore u se ke oa ithuta mekhoa ea hae
Eaba u ichehela leraba.+
26 U se ke oa ba har’a ba tšoaranang ka matsoho ho etsa tumellano,
Ba itlamelang ho patala likoloto tsa batho ba bang.+
27 Haeba u se na letho leo u ka lefang ka lona,
Ba tla nka bethe ea hao u ntse u robetse ho eona.
29 Na u ee u bone motho ea tsebang mosebetsi oa hae?
O tla ema ka pel’a marena,+
A ke ke a ema ka pel’a batho feela.
23 Ha u lula fatše u ja le morena,
U be hlokolosi ha u ja tse ka pel’a hao.
3 U se ke oa khalla lijo tsa hae tse hlabosang
E le hore u se ke oa thetsoa ka tsona.
4 U se ke oa sebetsa ka thata hore u fumane maruo.+
Khaotsa ho etsa joalo ’me u bontše hore u na le kutloisiso.*
6 U se ke oa ja lijo tsa motho ea timanang,
U se ke oa khalla lijo tsa hae tse hlabosang.
7 Ekare o ntse a bala hore na u ja hakae.
O re ho uena: “Ja ’me u noe” empa ka pelong ha a cho joalo.*
8 U tla hlatsa lijo tseo u li jeleng
’Me pabatso ea hao e tla be e se na thuso.
12 Mamela khalemelo ka pelo ea hao eohle,
U mamele lipolelo tsa tsebo.
13 U se ke oa tima ngoana* khalemelo.+
Haeba u mo shapa ka thupa, a ke ke a shoa.
21 Letahoa le motho ea jang ho feta tekano ba tla futsaneha,+
Ho otsela ha bona ho tla ba apesa marantha.
22 Mamela ntate oa hao ea u tsoalang.
U se ke oa tella ’mè oa hao hobane feela a tsofetse.+
23 Reka* ’nete ’me u se ke oa e rekisa le ka mohla.+
Reka le bohlale, taeo le kutloisiso.+
24 Ruri ntate oa motho ea lokileng o tla thaba,
Mang kapa mang eo e leng motsoali oa mora ea bohlale o tla thabisoa ke eena.
25 Ntate oa hao le ’mè oa hao ba tla thaba,
’Mè oa hao ea u tsoetseng o tla nyakalla.
29 Ke mang ea nang le bomalimabe? Ke mang ea sulafaletsoeng?
Ke mang ea likhang? Ke mang ea likomang?
Ke mang ea nang le maqeba ntle ho lebaka? Ke mang ea mahlo a lerootho?
31 U se ke oa sheba ’mala o mofubelu oa veine
Ha e shebahala e le monate ka koping, e lelemela hamonate
32 Hobane qetellong e loma joaloka noha,
E ntša chefo joaloka marabe.
33 Mahlo a hao a tla bona lintho tse sa tloaelehang,
Pelo ea hao eona e tla bua lintho tse tsoileng tseleng.+
34 U tla ba joaloka motho ea robetseng bohareng ba leoatle,
U be joaloka motho ea robetseng holimo palong e tšehetsang seile ea sekepe.
35 U tla re: “Ba nchapile empa ha kea utloa bohloko.*
Ba nkotlile empa ha ke hopole le ho hopola.
Ke tla tsoha neng?+
Ke hloka veine e ’ngoe hape.”*
2 Lipelo tsa bona li thuisa ka ntoa
Le melomo ea bona e bua ka liketso tse khopo.
Ea u shebileng ka hloko o tla tseba,
O tla buseletsa motho e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae.+
13 Mora oa ka, u je mahe a linotši hobane a monate.
Mahe a linotši a tsoang khekheng a monate ho motho ea a latsoang.
14 Ka tsela e tšoanang, tseba hore bohlale bo molemo bakeng sa hao.+
Haeba u bo fumana, u tla ba le bokamoso.
Tšepo ea hao e ke ke ea fela.+
15 U se ke oa lalla ntlo ea motho ea lokileng joalokaha motho ea khopo a etsa.
U se ke oa senya sebaka seo a lulang ho sona
16 Hobane leha ea lokileng a ka oa ka makhetlo a supileng, o tla ema+
Empa ba khopo ba tla hlaheloa ke tlokotsi ’me ba khoptjoe.+
17 Ha sera sa hao se oa, u se ke oa thaba,
Ha se khoptjoa, pelo ea hao e se ke ea nyakalla,+
18 Haeba u etsa joalo, Jehova o tla bona ’me a ke ke a thaba.
O tla khaotsa ho halefela sera sa hao.+
19 U se ke oa halefisoa ke* batho ba khopo.
U se ke oa ba khalla
20 Hobane mang kapa mang ea khopo ha a na bokamoso+
Le lebone la batho ba khopo le tla tingoa.+
22 A tla hlaheloa ke koluoa ka tšohanyetso.+
Ke mang ea tsebang tlokotsi eo ba* tla e tlisetsa marabele ao?+
23 Lipolelo tsena ke tsa ba bohlale:
Ha se ntho e ntle ho ahlola ka leeme.+
26 Batho ba tla suna motho ea buang ’nete ha a araba.*+
27 Lokisa mosebetsi oa hao oa ka ntle ’me u hlophe lintho kaofela tšimong.
Ebe u haha lelapa la hao.*
28 U se ke oa ba paki khahlanong le moahisani oa hao ntle ho mabaka.+
U se ke oa qhekella batho ba bang ka lipuo tsa hao.*+
29 U se ke oa re: “Ke tla mo etsa feela joalokaha a nkentse.
Ke tla mo etsa ntho eo a nkentseng eona.”*+
30 Ke ile ka feta haufi le tšimo ea motho ea botsoa,+
Haufi le serapa sa morara sa motho ea hlokang kelello.*
31 Ka bona e tletse litlama-tlama.
Jarete e ne e tletse bobatsi,
Lerako la eona la majoe le oele.+
33 Ha u ka robala hanyenyane, oa re shoa! hanyenyane,
Oa phutha matsoho hanyenyane hore u phomole,
34 Bofutsana bo tla u fihlela joaloka lesholu
Le bohloki bo u tlele joaloka monna ea hlometseng.+
25 Ana le ’ona ke maele a Solomone+ ao bahlanka ba Ezekiase+ morena oa Juda ba ileng ba a kopitsa:*
2 Molimo o tlotlisoa ke ha taba e bolokoa e le sephiri,+
Marena ’ona aa tlotlisoa ha a batlisisa taba.
3 Feela joalokaha maholimo a phahame le lefatše le tebile,
Lipelo tsa marena le tsona li ke ke tsa utloisisoa.
7 Ho molemo hore eena a re ho uena: “Nyolohela mona,”
Ho feta hore a u tlotlolle ka pel’a bahlomphehi.+
9 Lokisa litaba le moahisani oa hao.+
U se ke oa ntša makunutu a hae*+
10 Hobane ea u mametseng o tla u tlotlolla
’Me lintho tse mpe tseo u li buileng,* u ke ke oa li khutlisa.
11 Lentsoe le builoeng ka nako e nepahetseng
Le joaloka liapole tsa khauta ka lijaneng tsa silevera.+
12 Motho ea khalemelang ka bohlale
O tšoana le lesale la khauta le mokhabiso oa khauta e hloekileng ho motho ea mamelang.*+
13 Moromuoa ea tšepahalang
O joaloka serame sa lehloa* letsatsing la kotulo
Kaha o hlasimolla mong’a hae.+
14 Motho ea ithorisang ka hore o tl’o fana ka mpho empa a sa etse joalo,*+
O tšoana le maru le moea tse sa tliseng pula.
16 Ha u fumana mahe a linotši, ja a u lekaneng feela,
Ha u ja a mangata haholo, u ka ’na oa a hlatsa.+
17 U se ke oa chakela moahisani oa hao hangata
E le hore u se ke oa mo tena eaba oa u hloea.
18 Motho ea fanang ka bopaki ba bohata khahlanong le moahisani oa hae+
O joaloka molamu oa ntoa, sabole le motsu o leolitsoeng.
19 Ho tšepa motho ea sa tšepahaleng* linakong tsa mahlomola
Ho tšoana le ho hlafuna ka leino le pshatlehileng le ho tsamaea ka leoto le holofetseng.
20 Motho ea binelang pelo e hlomohileng lipina+
O tšoana le motho ea hlobolang seaparo ha ho bata
Le vinika ha e tšeloa holim’a soda.*
21 Haeba motho ea u hloileng a lapile, u mo fe bohobe hore a je,
Haeba a nyoriloe, u mo fe metsi hore a noe.+
25 Tlaleho e monate e tsoang naheng e hole+
E tšoana le metsi a pholileng ha a nooa ke motho ea* khathetseng.
27 Ha se ntho e ntle hore motho a je mahe a linotši a mangata haholo.+
Hape ha ho hotle hore motho a ipatlele thoriso.+
26 Joalokaha ho sa lebelloa hore lehloa le khethehe hlabula, le hore pula e ne nakong ea kotulo,
Motho ea se nang kelello+ ha a tšoaneloe ke tlhompho.
2 Feela joalokaha nonyana e e-na le lebaka la ho baleha le lefokotsane le e-na le lebaka la ho fofa,
Motho ha a bitsetsoe bomalimabe ntle ho lebaka.*
3 Sephali se shapa pere, tonki e huloa ka tomo,+
Thupa eona e shapa mekokotlo ea batho ba se nang kelello.+
4 U se ke oa araba motho ea se nang kelello ho ea ka bothoto ba hae
E le hore u se ke oa tšoana le eena.
5 Empa ha u araba motho ea se nang kelello, totobatsa bothoto ba hae
E le hore a se ke a nahana hore o bohlale.+
6 Ea sieang litaba matsohong a motho ea se nang kelello
O tšoana le motho ea pomang maoto a hae ’me a itematsa.
9 Maele melomong ea batho ba se nang kelello
A tšoana le setlama-tlama se meutloa letsohong la letahoa.
10 Ea hirang motho ea se nang kelello kapa batho ba fetang ka tsela
O tšoana le motho ea sebelisang seqha, ea hlabang feela.*
12 Na u kile oa bona motho ea nahanang hore o bohlale?+
Motho ea se nang kelello a ka fetoha ho e-na le eena.
14 Joalokaha lemati le ea pele le morao ha le ntse le buleha le koaleha,
Ea botsoa o ntse a fetoha holim’a bethe ea hae.+
16 Ea botsoa o nahana hore o bohlale
Ho feta batho ba supileng ba fanang ka karabo e nang le kelello.
17 Mofeta-ka-tsela ea halefisoang ke* qabang eo e seng ea hae+
O tšoana le motho ea tšoarang ntja ka litsebe.
18 Joaloka lehlanya le bolaeang, le fereletsang metsu e tukang le litsenene,
19 Motho ea qhekellang* moahisani oa hae ebe o re: “Ke ne ke soasoa,”+ o joalo.
21 Joalokaha mashala a etsa hore mollo o hlene le patsi e hotetsa mollo,
Motho ea ratang likhang le eena o fehla liqabang.+
22 Mantsoe a ea ratang ho senya ba bang lebitso a tšoana le lijo tse monate.*
A theohela hamonate ho ea fihla ka mpeng.+
23 Mantsoe a monate a tsoang ho motho ea pelo e mpe+
A joaloka leqhetso la sejana se pshatlehileng sa letsopa se tlotsitsoeng ka silevera.
24 Motho ea lehloeo o ikhakanya ka lipuo
Empa ka pelong o patile bolotsana.
25 U se ke oa mo tšepa leha a ka bua ka bonolo
Hobane ho na le lintho tse supileng tse nyonyehang ka pelong ea hae.*
26 Le hoja a bua leshano ho pata lehloeo la hae,
Bokhopo ba hae bo tla hlahella ho batho.
27 Ea chekang sekoti o tla oela ka har’a sona
’Me ea thetang lejoe le tla khutlela ho eena le mo pilinye.+
28 Motho ea leshano o hloile bao a ba utloisitseng bohloko*
Le motho ea rorisang ho tlola o baka tšenyo.+
5 Ho molemo ho khalemela motho u sa ipate ho feta ho mo rata empa u sa ʼmontše.+
7 Motho ea khotšeng ha a batle ho ja* mahe a linotši
Empa ho motho ea lapileng esita le ntho e babang e monate.
8 Motho ea balehang ha hae,
O tšoana le nonyana e balehang sehlaheng sa eona.
10 U se ke oa furalla motsoalle oa hao kapa motsoalle oa ntate oa hao.
Hape ha u hlaheloa ke koluoa, u se ke oa ea ha ngoan’eno.
Moahisani ea haufi o molemo ho feta ngoan’eno ea hole.+
12 Ea bohlale o bona kotsi ebe oa ipata+
Empa ba se nang kelello* ha ba ipate ebe ba fumana litholoana tse bosula.*
13 Nka seaparo sa motho haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa motho e mong.
Haeba a itlamme hore o tla patala sekoloto sa mosali ea boitšoaro bo bobe,* u behe thepa ea hae paneng.+
14 Ha motho a hlohonolofatsa oa habo ka lentsoe le phahameng hoseng haholo,
Oa habo o tla ho nka e le bomalimabe.
15 Mosali ea ratang likhang* o tšoana le marulelo a lulang a nela ha pula e na.+
16 Mang kapa mang ea ka khonang ho laola mosali ea joalo a ka laola moea,
A ka ba a fupara oli ka letsoho la hae le letona.
17 Tšepe e leotsoa ka tšepe.
Ka ho tšoanang motho o leotsa motsoalle oa hae.*+
18 Ea hlokomelang sefate sa feie* o tla ja litholoana tsa sona,+
Le ea hlokomelang mong’a hae o tla hlomphuoa.+
19 Joalokaha motho a bona sefahleho sa hae ka metsing,
Ka ho tšoanang, pelo ea motho e mong ke seipone sa hae.
21 Joalokaha silevera le khauta li hloekisoa ka ho qhibilihisoa mollong,+
Thoriso eo motho a e fuoang ea mo senola.
23 U tšoanela ho tseba hantle hore na mohlape oa hao o shebahala joang.
Hlokomela mohlape oa hao.+
25 Joang bo botala boa nyamela ’me ho hlaha bo bocha,
Limela tsa lithaba lia bokelloa.
26 U tla iketsetsa liaparo ka boea ba liramo tse nyenyane
’Me u reke tšimo ka liphooko.
27 Ho tla ba le lebese la lipoli le lekaneng bakeng sa hao,
Bakeng sa ho fepa lelapa la hao le basebetsi ba hao.
2 Ha baahi ba naha ba tlola melao,* naha e tla ba le ’musi ka mor’a ’musi+
Empa ka thuso ea motho ea nang le kutloisiso le tsebo, ’musi o tla tšoarella.+
5 Batho ba khopo ba ke ke ba utloisisa toka
Empa ba batlang Jehova ba ka utloisisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+
10 Ea khelosetsang ba lokileng tseleng e khopo o tla oela ka sekoting sa hae+
Empa ba lokileng ba tla putsoa ka se molemo.+
12 Ha ba lokileng ba hlola, ho ba le thabo e kholo*
Empa ha batho ba khopo ba fumana matla, batho baa ipata.+
13 Motho ea patang liphoso tsa hae a ke ke a atleha+
Empa ea li bolelang ’me a li bakela o tla hauheloa.+
16 Moeta-pele ea hlokang temoho o sebelisa matla a hae hampe+
Empa ea hloileng phaello ea bolotsana o tla lelefatsa bophelo ba hae.+
17 Motho ea molato oa polao e tla ba mophaphathehi ho isa lefung.*+
Ho se ke ha e-ba le motho ea mo tšehetsang.
19 Motho ea lemang mobu oa hae o tla ba le lijo tse ngata
Empa ea sebeletsang lintho tse se nang thuso o tla futsaneha.+
20 Motho ea tšepahalang o tla hlohonolofala haholo+
Empa ea potlakelang ho rua o tla lula a le molato.+
24 Mang kapa mang ea utsoetsang ntate oa hae le ’mè oa hae ebe o re: “Ha se phoso,”+
Ke motsoalle oa masholu.+
27 Mang kapa mang ea fang bafutsana a ke ke a hloka+
Empa ea iphapanyetsang bohloki ba bona o tla ba le bomalimabe bo bongata.
29 Motho ea satalatsang molala* ka mor’a ho khalemeloa ka makhetlo+
O tla tsoa kotsi ’me a ke ke a fola.+
2 Ha batho ba lokileng ba le bangata, sechaba sea thaba
Empa ha ho busa motho ea khopo, sechaba sea lla.+
3 Motho ea ratang ho ba bohlale o thabisa ntate oa hae+
Empa ea iketsang motsoalle oa matekatse o senya maruo.+
9 Ha motho ea bohlale a entse khang le leoatla,
Ba tla qoaketsana, ba somane empa ba ke ke ba khotsofala.+
10 Batho ba ratang ho bolaea ba hloile mang kapa mang ea se nang molato,+
Ba batla ho bolaea batho ba lokileng.*
13 Mofutsana le mohatelli ba tšoana ka ntho ena:*
Jehova o ba fa bophelo* ba le babeli.
20 Na u kile oa bona motho ea potlakelang ho bua?+
Ho na le tšepo ea hore motho ea se nang kelello a ka fetoha ho feta hore eena a fetohe.+
21 Haeba mohlanka a tefisoa ho tloha a sa le mocha,
Hamorao e tla ba motho ea se nang teboho.
24 Motsoalle oa lesholu o itlhoile.
A ka ’na a laeloa hore a fane ka bopaki empa ha a tlalehe letho.+
27 Batho ba lokileng ba nyonya motho ea se nang toka+
Empa motho ea khopo o nyonya batho ba etsang lintho tse lokileng.+
30 Molaetsa o boima o hlahang mantsoeng a Agure mora oa Jake, oo a ileng a o bolella Ithiele le Ukale:
2 Har’a batho bohle, ke ’na ea se nang tsebo+
Ebile ha ke na kutloisiso eo motho a lokelang ho ba le eona.
3 Ha kea ithuta bohlale
Hape ha ke na tsebo eo Ea Halalelang ka ho Fetisisa a nang le eona.
4 Ke mang ea nyolohetseng leholimong eaba oa theoha?+
Ke mang ea bokeletseng moea ka liatleng tse peli?
Ke mang ea phuthetseng metsi ka seaparong sa hae?+
Ke mang ea behileng* meeli ea hore na lefatše le felle hokae?+
Lebitso la hae ke mang, la mora oa hae ke mang haeba lea tseba?
5 Polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea Molimo e hloekile.+
Molimo ke thebe ho ba tšabelang ho eena.+
6 U se ke oa eketsa letho mantsoeng a hae,+
Ho seng joalo o tla u khalemela
Ebe u fumanoa u le leshano.
7 Ke kopa lintho tse peli ho uena.
Ke ikopela tsona feela ha ke sa ntse ke phela.
8 U nthuse hore ke qobe bolotsana le leshano.+
U se ke oa etsa hore ke futsanehe kapa ke rue.
Ntumelle feela hore ke je lijo tseo ke li hlokang+
9 E le hore ke se ke ka khora eaba kea u latola ’me ke re: “Jehova ke mang?”+
Kapa ka futsaneha eaba kea utsoa ’me ke senya Molimo oa ka lebitso.
10 U se ke oa etselletsa mohlanka ho mong’a hae,
Ho seng joalo a ka ’na a u rohaka eaba u fumanoa u le molato.+
14 Ho na le moloko oo meno a oona e leng lisabole,
Oo mehlahare ea oona e leng lithipa tse selakhang.
O ja bafutsana ba teng lefatšeng
Le bafutsana ba har’a lichaba.+
15 Likoili li na le barali ba babeli ba hoeletsang ba re: “Tlisa! Tlisa!”
Ho na le lintho tse tharo tse sa khotsofaleng,
Lintho tse ’nè tseo ho seng mohla li reng: “Ho lekane.”
16 Lebitla*+ le popelo e sa imeng,
Naha e se nang metsi
Le mollo oo ho seng mohla o reng: “Ho lekane.”
17 Makhoaba a likhohlo* a tla honya leihlo
La motho ea somang ntate oa hae le ea sa mameleng ’mè oa hae+
’Me malinyane a ntsu a tla ja leihlo la hae.+
19 Ntsu e fofang maholimong,
Noha e hahabang holim’a lefika,
Sekepe se tsamaeang bohareng ba leoatle
Le boitšoaro ba monna ha a e-na le moroetsana.
20 Mosali ea febang o etsa tjena:
Oa ja, a itlhakole melomo
Ebe o re: “Ha kea etsa phoso.”+
21 Ho na le lintho tse tharo tse tsukutlang lefatše
Le tse ’nè tseo le ke keng la li mamella:
22 Ha lekhoba le busa e le morena,+
Ha motho ea se nang kelello a ja lijo tse ngata ho tlola,
23 Ha mosali ea hloiloeng* a nyaloa,
Le ha mosebeletsi oa moroetsana a nka sebaka sa mong’a hae oa mosali.+
29 Ho na le tse tharo tse khahlehang ha li tsamaea,
Tse ’nè tse bohehang ha li tsamaea:
30 Tau e matla ka ho fetisisa har’a liphoofolo.
32 Haeba ka ho hloka kelello u ile oa iphahamisa+
Kapa u rerile ho iphahamisa,
Beha letsoho molomong.+
33 Joalokaha lebese le hlahisa botoro ha le fehloa
Le nko e tsoa mali ha e sothoa,
Ka tsela e tšoanang, ho fehla bohale ho hlahisa liqabang.+
31 Mantsoe a Morena Lemuele, molaetsa o boima oo ’mè oa hae a ileng a mo bolella oona ho mo laea:+
2 Ke re’ng ho uena mora oa ka?
Ke re’ng, mora oa ka eo ke mo tsoetseng?
Nka re’ng uena mora oa ka eo ke entseng boitlamo ka eena?+
4 Ha hoa lokela marena, uena Lemuele,
Ha hoa lokela hore marena a noe veine
Kapa hore babusi ba re: “Joala ba ka bo kae?”+
5 Ba se ke ba noa ’me ba lebala molao
Eaba ba hanela bafutsana ka litokelo tsa bona.
7 Ba ke ba noe ’me ba lebale bofutsana ba bona,
Ba se ke ba hlola ba hopola mathata a bona.
9 Bua ’me u ahlole ka ho loka.
Sireletsa litokelo tsa bafutsana le bahloki.+
א [Aleph]
10 Ke mang ea ka fumanang mosali oa sebele?*+
Mosali eo o bohlokoa haholo ho feta likorale.*
ב [Beth]
11 Monna oa hae o mo tšepa ka pelo eohle
’Me monna oa hae ha a hloke letho.
ג [Gimel]
12 Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba hae,
O putsa monna oa hae ka lintho tse molemo, eseng tse mpe,
ד [Daleth]
ה [He]
ו [Waw]
15 O boetse o tsoha esale ka matjeke,
O fa ba ntlo ea hae lijo
ז [Zayin]
ח [Heth]
ט [Teth]
18 Oa bona hore khoebo ea hae e ntle.
Lebone la hae ha le time bosiu.
י [Yod]
כ [Kaph]
ל [Lamed]
21 Ha a tšoenyehe ka ba ntlo ea hae mariha.
Ba ntlo ea hae kaofela ba apere liaparo tse mofuthu.*
מ [Mem]
22 O iketsetsa masela a koahelang bethe.
Liaparo tsa hae ke tsa line le boea bo pherese.
נ [Nun]
ס [Samekh]
ע [Ayin]
פ [Pe]
26 Ha a phahamisa molomo o bua lintho tse bohlale.+
Molao oa mosa o laola leleme la hae.*
צ [Tsade]
ק [Qoph]
28 Bana ba hae baa ema, ba phatlalatsa hore o thabile.
Monna oa hae oa ema ’me oa mo rorisa.
ר [Resh]
ש [Shin]
ת [Taw]
31 Mo feng moputso bakeng sa lintho tseo a li etsang.*+
Le mesebetsi ea hae e ke e mo rorise likeiting tsa motse.+
Ka Seheberu: “a tsebe.”
Kapa: “taeo.”
Kapa: “tsa bohlale.”
Kapa: “ho etsa se nepahetseng.”
Kapa: “e bohlale.”
Kapa: “polelo e thata.”
Ka Seheberu: “Motheo oa tsebo.”
Ka Seheberu: “ho tšaba.”
Ka Bibeleng, lentsoe “lithoto” le bolela motho ea sa hlompheng melao ea Jehova ka boomo.
Kapa: “oa lahla molao oa ’mè oa hao.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Re tla arolelana mokotla o le mong.”
Kapa: “Khutlang ha ke le khalemela.”
Ka Seheberu: “moea oa ka.”
Kapa: “empa ba ke ke ba mphumana.”
Ka Seheberu: “ho tšaba.”
Ka Seheberu: “ba tla ja litholoana tsa litsela tsa bona.”
Kapa: “likeletso tsa.”
Ka Seheberu: “ba tsamaeang ka botšepehi.”
Ka Seheberu: “osele.” Ho bonahala e le ea sa lateleng melao ea Molimo.
Ka Seheberu: “molichaba.” Ho bonahala e le ea sa lateleng melao ea Molimo.
Kapa: “monna.”
Kapa: “ba sa tšoauoeng phoso.”
Kapa: “molao oa ka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ ’nete.”
Ka Seheberu: “Tšaba.”
Ka Seheberu: “Le ho khatholla masapo a hao.”
Kapa: “litholoana tsa pele.”
Kapa: “moputso oa hao.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Kapa: “e tlale libate tsa hao; e tlale lihatelo tsa hao tsa veine.”
Kapa: “Ho ba le bona e le phaello.”
Ho bonahala makhabane ana e le a Jehova a hlahang litemaneng tse ka holimo ho ena.
Kapa: “khoptjoa ke letho.”
Kapa: “Thohako ea Jehova e holim’a ntlo ea ea khopo.”
Kapa: “molao oa ka.”
Ka Seheberu: “U sekehele lipolelo tsa ka tsebe.”
Kapa mohlomong: “Nahanisisa ka litsela tsa hao.”
Ka Seheberu: “Temoho ea ka u e sekehele tsebe.”
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Pelo ea ka e.”
Ka Seheberu: “har’a phutheho.”
Kapa: “a monate.”
Kapa: “Mohloli oa hao oa metsi o ke o hlohonolofatsoe.”
Ka Seheberu: “Poli ea thaba.”
Kapa: “a u tahe.”
Ka Seheberu: “osele.” Sheba Liprov. 2:16.
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Ka Seheberu: “osele.”
Ka Seheberu: “mantsoe a molomo oa hao.”
Kapa: “molao.”
Kapa: “li tla u laea.”
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Ka Seheberu: “o tla salloa ke polokoe ea bohobe.”
Ka Seheberu: “moahisani.”
Ka Seheberu: “o na le pelo e haelloang.”
Kapa: “puseletso ea.”
Ka Seheberu: “osele.” Sheba Liprov. 2:16.
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Kapa: “a ekang.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “Ea apereng seaparo sa.”
Kapa: “a le pelo e mano.”
Ka Seheberu: “Maoto a hae ha a lule ka tlung ea hae.”
Kapa: “a kopanetsoeng.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bara ba batho.”
Kapa: “pelo e utloisisang.”
Kapa: “matlo a bona a polokelo.”
Kapa: “hlaha joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi.”
Kapa: “taelo ea hae.”
Kapa: “Ka ho lula a falimehile.”
Kapa: “betlile.”
Basebetsi ba basali.
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “ba se nang tsebo.”
Ka Seheberu: “Motheo oa bohlale.”
Ka Seheberu: “tšaba.”
Ka Seheberu: “bao lipelo tsa bona li haelloang.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Ea pelo e bohlale.”
Ka Seheberu: “litaelo.”
Ka Seheberu: “molomong oa.”
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “boloka.”
Ka Seheberu: “molomo oa leoatla o.”
Kapa: “ke motse oa hae o matla.”
Kapa mohlomong: “o tseleng e lebisang bophelong.”
Kapa: “ea sebang ba bang.”
Kapa: “Ha motho a bua mantsoe a mangata.”
Ka Seheberu: “molomo oa.”
Kapa: “fepa.”
Kapa: “mathata; masisa-pelo.”
Kapa: “romang.”
Kapa: “tšaba.”
Kapa: “Tebello.”
Kapa: “beha litholoana tsa.”
Kapa: “majoe a bekhang.”
Kapa: “Lintho tsa bohlokoa.”
Kapa: “Motho ea sa hlompheng Molimo.”
Kapa: “ka molomo oa hae.”
Ka Seheberu: “Eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “o na le sefuba.”
Kapa: “ke motho ea bohlale.”
Kapa: “bolokeha.”
Kapa: “motle.”
Kapa: “oa itlotlolla.”
Kapa: “ea lelekisang bobe.”
Kapa: “ba sa tšoauoeng phoso litseleng tsa bona.”
Ka Seheberu: “o tla nona.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ea tlotlollang ba ntlo ea hae.”
Ka Seheberu: “o tla fumana moea e le lefa.”
Mohlomong ke motho ea thusang ba bang ho tsamaea tseleng ea bophelo.
Kapa: “ha a inahane.”
Ka Seheberu: “se laletseng mali.”
Ka Seheberu: “u se na bohobe.”
Ka Seheberu: “o na le pelo e haelloang.”
Kapa: “litholoana tsa molomo oa hae.”
Kapa: “khalemelo.”
Kapa: “maleme a.”
Ka Seheberu: “ba rerang.”
Kapa: “litholoana tsa molomo oa hae.”
Kapa: “seo a se buang.”
Kapa: “moea oa hae.”
Ka Seheberu: “o tla nona.”
Ka Seheberu: “ha baa ka ba utloa khalemelo e matla.”
Ka Seheberu: “lea thaba.”
Kapa: “ba rerisanang hammoho.”
Kapa: “ka bolotsana.”
Ka Seheberu: “maruo a ea bokellang ka letsoho.”
Kapa: “a tšepileng hore e tla etsahala.”
Kapa: “lentsoe.”
Kapa: “Molao o.”
Kapa: “ba ka ba nka.”
Kapa: “Ea sa khalemeleng; Ea sa shapeng.”
Kapa mohlomong: “hang-hang.”
Kapa: “limpa tsa ba khopo li tla lapa.”
Ka Seheberu: “tšaba.”
Kapa: “ea bolotsana.”
Ka Seheberu: “melomo ea ba bohlale e tla ba sireletsa.”
Ka Seheberu: “molomong oa hae.”
Kapa mohlomong: “leoatla le thetsa batho ba bang ka.”
Kapa: “ho lokisa litaba.”
Kapa: “lumellana.”
Ka Seheberu: “tente.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “o bohale.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Ka Seheberu: “tšabang.”
Ka Seheberu: “tšaba.”
Kapa: “e phelisa motho hantle.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Ka Seheberu: “Pelo ea motho ea nang le kutloisiso ha e ithorise.”
Kapa: “e mosa.”
Kapa: “le bohloko.”
Kapa: “Mantsoe a folisang.”
Kapa: “lihlahisoa tsa ea khopo li.”
Kapa: “bohloko.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le Abadone.”
Ka Seheberu: “Pelo e nang le kutloisiso e.”
Kapa: “phehella.”
Kapa: “ntle.”
Kapa: “mokete.”
Kapa: “pherekano.”
Ka Seheberu: “poho e fepetsoeng sejelong.”
Ka Seheberu: “Eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “moo ho se nang boeletsi.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “masoabi.”
Kapa: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa pele e araba; e nahana ka hloko hore na e re’ng.”
Ka Seheberu: “e nontša masapo.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Ka Seheberu: “Merero ea pelo ke ea motho oa lefatše.”
Kapa: “karabo e nepahetseng.” Ka Seheberu: “karabo ea leleme.”
Ka Seheberu: “li hloekile.”
Ka Seheberu: “Rolela mesebetsi ea hao ho Jehova.”
Ka Seheberu: “ea pelo e ikhohomosang.”
Kapa: “litsela.”
Kapa: “tse susumetsoang ke Molimo.”
Kapa: “qoba.”
Kapa: “Leseling la sefahleho sa morena ho na le bophelo.”
Ka Seheberu: “ikokobetsa moeeng.”
Kapa: “maruo a hapuoeng.”
Ka Seheberu: “o tla fumana se molemo.”
Kapa: “lipuo tse monate.” Ka Seheberu: “ea molomo o mosa.”
Kapa: “Motho ea pelo e.”
Kapa: “bolotsana.”
Kapa: “a momme molomo.”
Kapa: “tlhompho.”
Ka Seheberu: “moea oa hae.”
Kapa: “khutso.”
Ka Seheberu: “mahlabelo.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Kapa: “Bara.”
Kapa: “bo-ntate ba bona.”
Kapa: “monate.”
Kapa: “mohlomphehi.”
Ka Seheberu: “koahelang.”
Kapa: “moroallo oa metsi.” Ka Seheberu: “ho bulela metsi.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
Kapa: “Mang kapa mang ea phahamisang keiti ea hae o batla ho oa.”
Ka Seheberu: “fumana se molemo.”
Kapa: “o omella masapo.”
Ka Seheberu: “sefubeng.”
Ka Seheberu: “o khopisa ’mè oa hae.”
Kapa: “ho lefisa ea lokileng.”
Kapa: “nyatsa.”
Kapa: “ho ba le khethollo.”
Kapa: “bophelo ba hae.”
Kapa: “lintho tse tla jeoa ka meharo.”
Kapa: “sesenyi.”
Ka Seheberu: “phahamisoa.”
Kapa: “Motho ea matla.”
Kapa: “ho nyahama.”
Kapa: “hlahlobisisa.”
Ka Seheberu: “e namola.”
Kapa: “hauheloa.”
Ka Seheberu: “ea potlakang ka maoto a hae.”
Kapa: “motho ea fanang.”
Kapa: “Ea sepheo se setle.” Ka Seheberu: “Ea batlang pelo.”
Kapa: “bolokang.”
Ka Seheberu: “o tla fumana se molemo.”
Kapa: “tlolo.”
Kapa: “taoana e moetse.”
Kapa: “likomang.”
Kapa: “buseletsa.”
Kapa: “taoana e moetse.”
Kapa mohlomong: “O tla batla nakong ea kotulo empa a ke ke a fumana letho.”
Kapa: “Menahano.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “a sefa.”
Kapa: “Majoe a mabeli a ho bekha a boima bo fapaneng le linkho tse peli tsa ho bekha tse sa lekaneng.”
Kapa: “moshanyana.”
Kapa: “oa molichaba.”
Kapa: “e tla tiisoa.”
Kapa: “ha ho eletsanoa.”
Kapa: “ho eka ka molomo oa hae.”
Ka Seheberu: “lefa.”
Kapa: “Molimo a ke ke a mo hlohonolofatsa.”
Kapa: “majoe a mabeli a ho bekha a boima bo fapaneng.”
Kapa: “tsela ea hae.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.”
Ka Seheberu: “Phefumoloho ea motho e.”
Kapa: “hloekisa.”
E leng Jehova.
Kapa: “sepheo.”
Kapa: “e mo tsoela molemo.”
Kapa mohlomong: “ho ba batlang lefu.”
Kapa: “ea likomang.”
Kapa: “oa tseba hore na a etse’ng.”
Ke Molimo.
Ka Seheberu: “tjotjo e sefubeng.”
Kapa: “likomang.”
Ka Seheberu: “metsa.”
Kapa: “hloa.”
Kapa: “a e-na le boitšoaro bo soabisang.”
Ka Seheberu: “o tla bua ka ho sa feleng.”
Kapa: “eena ea tiisang litsela tsa hae.”
Kapa: “lebitso le letle.” Ka Seheberu: “lebitso.”
Ka Seheberu: “baa kopana.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “ba fumana kotlo.”
Kapa: “moshanyana; mocha.”
Ka Seheberu: “Ea leihlo le letle.”
Kapa: “Linyeoe.”
Ka Seheberu: “basele.” Sheba Liprov. 2:16.
Kapa: “moshanyana; mocha.”
Ka Seheberu: “keiting ea motse.”
Ka Seheberu: “behe thipa ’metsong oa hao.”
Kapa: “u khala.”
Kapa mohlomong: “Tlohela ho etsa lintho ho ea ka kutloisiso ea hao.”
Ka Seheberu: “pelo ea hae ha e eo ho uena.”
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Ka Seheberu: “Molopolli.”
Kapa: “moshanyana; mocha.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ha pelo ea hao e hlalefa.”
Ka Seheberu: “Liphio tsa ka li tla thaba.”
Ka Seheberu: “u tsamaise pelo ea hao.”
Kapa: “Fumana.”
Ka Seheberu: “molichaba.” Sheba Liprov. 2:16.
Kapa: “empa ha kea utloa letho.”
Kapa: “Ke tla e batla hape.”
Kapa: “Lelapa le.”
Kapa: “atleha; pholoha.”
Kapa: “Merero e se nang kelello.”
Kapa: “letsatsing la mahlomola.”
Kapa: “U se ke oa iponahatsa u halefetse.”
Kapa: “ba batlang phetoho.”
E leng Jehova le morena.
Kapa mohlomong: “Ho araba ka tsela e tobileng ho tšoana le ho suna motho.”
Kapa: “ntlo ea hao.”
Ka Seheberu: “molomo oa hao.”
Kapa: “Ke tla iphetetsa.”
Ka Seheberu: “eo pelo ea hae e haelloang.”
Ka Seheberu: “ka amohela taeo.”
Kapa: “kopitsa le ho a bokella.”
Kapa: “makunutu a batho ba bang.”
Kapa: “lintho tseo u li buileng ho mo senya lebitso.”
Ka Seheberu: “ea nang le tsebe.”
Mohlomong moea o pholileng o tsoang lithabeng tse apereng lehloa.
Ka Seheberu: “ka mpho ea bohata.”
Ka Seheberu: “Leleme le bonolo le.”
Kapa mohlomong: “ea bolotsana.”
Ho buuoa ka carbonate of soda.
E leng ho nolofatsa pelo ea motho.
Kapa: “ea likomang.”
Ka Seheberu: “moea o.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a tšerema ka pel’a.”
Kapa mohlomong: “Feela joalokaha nonyana e baleha le lefokotsane le fofa, bomalimabe bo sa lokelang bo feta joalo.”
Kapa: “ea hlabang motho e mong le e mong.”
Kapa mohlomong: “ea kenang.”
Kapa: “thetsang.”
Kapa: “lintho tse tla jeoa ka meharo.”
Kapa: “Hobane pelo ea hae ea nyonyeha.”
Kapa: “Leleme le leshano le hloile bao le ba utloisitseng bohloko.”
Ka Seheberu: “ha le tsebe hore na le hlahlamang le tla tsoala eng.”
Ka Seheberu: “osele.”
Kapa: “eseng molomo oa hao.”
Ka Seheberu: “Molichaba.”
Kapa: “molomo oa hao.”
Kapa: “mosa oa sera ha se u suna.”
Kapa mohlomong: “ke oa boikaketsi; o qobeletsoe.”
Ka Seheberu: “o hatakela.”
Kapa: “ea khahlanong le ’na.”
Kapa: “boiphihlelo.”
Kapa: “ba fumana kotlo.”
Kapa: “oa molichaba.”
Kapa: “likomang.”
Ka Seheberu: “sefahleho sa motsoalle oa hae.”
Kapa: “feiga.”
Kapa: “Abadone.”
Ke lejoe le silang.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.”
Kapa: “maemo a phahameng ha a.”
Kapa: “taoana.”
Kapa: “e e-ba marabele.”
Kapa: “tlotla.”
Kapa: “tšohile.”
Kapa: “lebitleng; sekoting.”
Kapa: “Ho ba le khethollo.”
Kapa: “meharo.”
Kapa mohlomong: “ea ikhohomosang.”
Ka Seheberu: “nontšoa.”
Kapa: “etsang manganga.”
Kapa mohlomong: “Empa ea lokileng o batla ho sireletsa bophelo ba hae.”
Ka Seheberu: “baa kopana.”
Ka Seheberu: “o khantša mahlo a bona.”
Kapa: “Kotlo.”
Kapa: “O tla thabisa moea oa hao.”
Kapa: “pono ea boprofeta; tšenolo.”
Ka Seheberu: “ea moea o ikokobelitseng.”
Kapa: “Ho thothometsoa ke.”
Kapa: “ho cheha.”
Kapa mohlomong: “ba batla ho amoheleha ho.” Ka Seheberu: “ba batla sefahleho sa.”
Ka Seheberu: “phahamisitseng.”
Ka Seheberu: “mantle a.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “tse ’makatsang haholo.”
Kapa: “ea sa ratoeng.”
Kapa: “bohlale haholo.”
Ka Seheberu: “ke batho ba seng matla.”
Ka Seheberu: “ke batho ba seng matla.”
Kapa: “li arotsoe ka lihlopha.”
Kapa: “phaleising.”
Ke mofuta oa ntja.
Kapa: “oa ’makhonthe.”
Kapa mohlomong: “mosebetsi.”
Kapa: “moputso oa hae.” Ka Seheberu: “litholoana tsa matsoho a hae.”
Ka Seheberu: “O itlamme letheka ka thata.”
Toloki le thupa e ohlang li ne li sebelisoa ho etsa khoele ka boea kapa ho e harela.
Ka Seheberu: “morumo.”
Kapa: “liaparo tsa ka hare.”
Kapa: “o tšeha.”
Kapa: “ha a ruta, o mosa.” Ka Seheberu: “molao oa mosa o lelemeng la hae.”
Kapa: “ba ’makhonthe.”
Kapa: “ke lefeela.”
Kapa: “tšabang.”
Ka Seheberu: “Mo feng litholoana tsa mosebetsi oa hae.”