EZEKIELE
1 Ka letsatsi la bohlano la khoeli ea bone selemong sa bo30, ke ne ke le nokeng ea Kebare+ har’a batho ba hapiloeng+ ha maholimo a buleha ’me ke bona lipono tse tsoang ho Molimo. 2 Ka letsatsi la bohlano la khoeli, selemong sa bohlano Morena Jojakine+ a hapiloe, 3 Jehova a bua le ’na Ezekiele* mora oa moprista Buzi pel’a noka ea Kebare naheng ea Bakalde.+ Ha ke le moo, ka utloa matla a Jehova a le holim’a ka.*+
4 Ha ke ntse ke shebile, ka bona ho hlaha moea o matla oa sefefo+ ho tsoa ka leboea. Ho ne ho e-na le khanya e bohale*+ e pota-potileng leru le leholo le mollo o khanyang. Har’a mollo ho ne ho e-na le ntho e kang motsoako oa khauta le silevera.+ 5 Har’a mollo oo ho ne ho boetse ho e-na le lintho tse kang mangeloi*+ a mane a tšoanang le batho. 6 Le leng le le leng le ne le e-na le lifahleho tse ’nè le mapheo a mane.+ 7 Maoto a ’ona a ne a otlolohile a bile a tšoana le a namane ka tlase, a benya joaloka koporo e bentšitsoeng.+ 8 Mangeloi ao a ne a e-na le matsoho a tšoanang le a batho ka tlas’a mapheo a ’ona a mane ’me ka bone ba ’ona a ne a e-na le lifahleho le mapheo. 9 Mapheo a ’ona a ne a thetsane. Ha a tsamaea a ne a sa tjeke, le leng le le leng le ne le ea pele.+
10 A ne a shebahala tjena: A ne a e-na le sefahleho sa motho ka pele, sa tau+ ka lehlakoreng le letona, sa poho+ ka lehlakoreng le letšehali le sa ntsu+ ka morao. 11 Lifahleho tsa ’ona li ne li le joalo. Mapheo a ’ona a ne a phukaletse holimo. Le leng le le leng le ne le e-na le mapheo a mabeli a thetsaneng le a mabeli a koahetseng ’mele oa lona.+
12 Le leng le le leng le ne le ea pele, le ea kae kapa kae moo moea o neng o le khannela teng.+ Ha a tsamaea a ne a sa tjeke. 13 Mangeloi ao a ne a tšoana le mashala a hlenneng a mollo. Lintho tse kang lirumula tsa mollo o bohale li ne li ea pele le morao pakeng tsa mangeloi ao ’me mollong ho ne ho hlaha lehalima.+ 14 Ha mangeloi ao a fofa,* e ne eka ho hlaha lehalima.
15 Ha ke ntse ke shebile mangeloi ao, ka bona lebili fatše pel’a lengeloi ka leng le nang le lifahleho tse ’nè.+ 16 Mabili ao a ne a phatsima joalokaha eka a entsoe ka lejoe la krisolite ’me ka bone ba ’ona a ne a tšoana. A ne a bonahala a entsoe joalokaha eka lebili le ka har’a lebili le leng.* 17 Ha a tsamaea, a ne a khona ho ea mahlakoreng a ’ona a mane a sa tjeke. 18 Lirimi tsa mabili ao a mane li ne li phahame ka tsela e makatsang ebile li tletse mahlo ka hohle.+ 19 Ha mangeloi a tsamaea, mabili a ne a tsamaea le ’ona. Ha mangeloi a phahama ho tloha fatše, mabili le ’ona a ne a phahama.+ 20 A ne a ea moo moea o a khannelang teng a bile a ea hohle moo moea o eang. Mabili a ne a phahama ’moho le mangeloi kaha moea o neng o tataisa mangeloi* ao o ne o boetse o le mabiling. 21 Ha mangeloi a tsamaea, mabili le ’ona a ne a tsamaea. Ha a ema, mabili le ’ona a ne a ema. Ha a phahama ho tloha fatše, mabili a ne a phahama le ’ona kaha moea o neng o tataisa mangeloi ao o ne o boetse o le mabiling.
22 Holim’a lihlooho tsa mangeloi ho ne ho e-na le ntho e kang sepaka-paka se benyang joaloka leqhoa ebile se hlolla, se le holim’a lihlooho tsa ’ona.+ 23 Mapheo a ’ona a ne a otlolohile* ka tlas’a sepaka-paka ebile a thetsane. Lengeloi ka leng le ne le e-na le mapheo a mabeli mahlakoreng ka bobeli a koahelang ’mele kaofela. 24 Mapheo a ’ona a ne a etsa molumo o kang oa metsi a phallang ka matla ebile o le joaloka lentsoe la Ea Matla ’Ohle.+ Ha a tsamaea, e ne eka molumo oa lebotho. Ha a ema, a ne a theola mapheo a ’ona.
25 Ho ile ha utloahala lentsoe holim’a sepaka-paka se holim’a lihlooho tsa ’ona. (Ha a ema, a ne a lepeletsa mapheo a ’ona.) 26 Holim’a sepaka-paka seo, ho ne ho e-na le ntho e shebahalang joaloka terone+ e entsoeng ka lejoe la safire.+ Teroneng eo ho ne ho bonahala eka ho lutse motho.+ 27 Ho tloha thekeng la hae ho ea holimo ke ile ka bona ntho e khanyang joaloka motsoako oa khauta le silevera,+ e kang mollo. Ho ea tlase ka bona ntho e kang mollo.+ Ho ne ho e-na le khanya e mo potolohileng 28 e joaloka mookoli+ o bang teng marung ha pula e na. Ena ke tsela eo khanya e neng e mo potolohile e neng e shebahala ka eona. E ne e shebahala joaloka khanya ea Jehova.+ Ha ke e bona ke ile ka khumama eaba ke utloa motho ea buang.
2 Motho eo a re ho ’na: “Mor’a motho,* ema e le hore ke bue le uena.”+ 2 Ha a bua le ’na, moea o halalelang oa etsa hore ke eme+ e le hore ke utloe motho ea buang le ’na.
3 A re ho ’na: “Mor’a motho, ke u roma ho bana ba Iseraele+ e leng lichaba* tse mphetohetseng.+ Bona le baholo-holo ba bona haesale ba ntšiteloa ho fihlela letsatsing lena.+ 4 Batho bao ke u romang ho bona baa tella ebile ba manganga.+ U ba bolelle seo Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a se buang. 5 Ebang baa mamela kapa ha ba mamele hobane e le marabele,+ ba tla tseba hore kannete moprofeta o ne a le teng har’a bona.+
6 U se ke oa ba tšaba uena mor’a motho+ ’me u se ke oa tšaba mantsoe a bona le hoja u pota-potiloe ke meutloa le lihlabahlabane*+ ’me u lula har’a liphepheng. U se ke oa tšosoa ke bona+ kapa ke mantsoe a bona+ hobane ke marabele. 7 U ba bolelle mantsoe a ka ebang baa u mamela kapa che hobane ke marabele.+
8 Uena mor’a motho, u mamele seo ke u bolellang sona. U se ke oa tšoana le batho bana ba marabele. Ahlama u je seo ke u fang sona.”+
9 Eitse ha ke sheba, ka bona motho a tlisa letsoho ho ’na+ a tšoere moqolo.*+ 10 Ha a o bula o ne o ngotsoe ka pele le ka morao.+ Moqolong oo ho ne ho ngotsoe koli-ea-malla,* lintho tse bohloko le tse llisang.+
3 A re ho ’na: “Mor’a motho, ja moqolo ona, ha u qeta u tsamaee u e’o bua le Baiseraele.”+
2 Ka ahlama eaba o mpha moqolo hore ke o je. 3 A boela a re: “Mor’a motho, ja moqolo ona oo ke u fang oona ’me u tlatse mpa ea hao ka oona.” Ke ile ka o ja ’me o ne o le monate joaloka mahe a linotši.+
4 Hape o ile a re: “Mor’a motho, e-ea ho Baiseraele ’me u ba bolelle hore na ke re’ng. 5 Ha ke u rome sechabeng sa batho ba buang puo e thata kapa eo u sa e tsebeng empa ke u roma ho Baiseraele. 6 Ha ke u rome ho batho ba bangata ba buang puo e thata kapa eo u sa e tsebeng, bao u ke keng oa ba utloisisa ha ba bua. Haeba ke ne nka u roma ho bona, ba ne ba tla u mamela.+ 7 Empa Baiseraele ba ke ke ba u mamela hobane le ’na ha ba batle ho ’mamela.+ Baiseraele kaofela ba manganga.+ 8 Ke entse hore u tiee ’me u be manganga joaloka bona.*+ 9 Ke entse hore phatla ea hao e be thata joaloka taemane, e be thata ho feta lejoe le thata.+ U se ke oa ba tšaba kapa oa tšosoa ke bona+ kaha ke marabele.”
10 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, mamela mantsoe ’ohle ao ke u bolellang ’ona, u a mamele ka hloko. 11 E-ea ho batho ba heno* ba botlamuoeng.+ U ba bolelle hore na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re’ng, ebang baa u mamela kapa che.”+
12 Moea* oa nkuka+ eaba ke utloa lentsoe le matla ka mor’a ka le re: “Jehova a ke a rorisoe a le sebakeng sa hae ka lebaka la khanya ea hae.” 13 Ho ne ho e-na le molumo oa mapheo a mangeloi ha a thetsana,+ molumo oa mabili pel’a ’ona+ le molumo o mong o matla. 14 Moea oa nkuka eaba ke tloha ke utloile bohloko ebile ke halefile. Moea oa Jehova oa sebetsa ho ’na ka matla. 15 Ka ea Tel-abibe ho batho ba botlamuoeng ba lulang haufi le noka ea Kebare.+ Ka lula le bona moo ka matsatsi a supileng ke ferekane.+
16 Ka mor’a matsatsi a supileng Jehova a re ho ’na:
17 “Mor’a motho, ke u khethile hore u be molebeli oa Baiseraele.+ Ha u utloa lentsoe la ka u ba lemose.+ 18 Haeba nka bolella moetsalibe hore o tla shoa ebe ha u mo lemose le ho mo bolella hore a tlohele ho etsa lintho tse mpe e le hore a se ke a shoa,+ o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae+ empa ke tla u nka u le molato bakeng sa mali a hae.*+ 19 Empa haeba u mo lemosa ebe ha a tlohele ho etsa lintho tse mpe, o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae empa uena u tla pholosoa.+ 20 Haeba motho ea lokileng a tlohela ho etsa lintho tse ntle ebe o etsa lintho tse mpe, ke tla etsa hore a khoptjoe ebe oa shoa.+ Haeba u sa ka oa mo lemosa, o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae ’me nke ke ka hopola lintho tse ntle tseo a li entseng empa ke tla batla bophelo ba hae ho uena.*+ 21 Empa haeba u mo lemositse hore a se ke a etsa sebe ebe ha a se etse, o tla phela hobane u mo lemositse.+ Le uena u tla pholosoa.”
22 Jehova a theolela moea oa hae* holim’a ka eaba o re: “Ema u ee thoteng, ha u le moo ke tla bua le uena.” 23 Ka ea thoteng ’me ho ne ho e-na le khanya ea Jehova moo,+ e kang khanya eo ke e boneng ha ke le nokeng ea Kebare+ eaba kea khumama. 24 Moea oa Molimo oa kena ka ho ’na eaba oa nkemisa.+ Molimo a re:
“Tsamaea u ikoalle ntlong ea hao. 25 Uena mor’a motho, ba tla u fasa ka liropo e le hore u se ke oa khona ho ea ho bona. 26 Ke tla etsa hore leleme la hao le khomarele mahalapeng a hao ’me u se ke oa khona ho bua le ho ba khalemela hobane ke marabele. 27 Empa ha ke bua le uena u tla khona ho bua hape+ ’me u tla ba bolella hore na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re’ng. Motho ea batlang ho mamela, a mamele+ empa ea sa batleng a se ke a mamela hobane ke marabele.+
4 Mor’a motho, nka setene u se behe ka pel’a hao. U etse setšoantšo sa motse oa Jerusalema holim’a sona. 2 U etse eka oa u hlasela,+ u hahe lerako ho o potoloha,+ u hahe qubu e o thibellang,+ u hlome litente bakeng sa masole ’me u o pota-pote ka libetsa tse lihang marako.+ 3 Nka terei* ea tšepe, u etse eka ke lerako la tšepe pakeng tsa hao le motse. U shebe motse ’me u o thibelle. Lena e tla ba letšoao bakeng sa Baiseraele.+
4 U paqame ka lehlakore le letšehali ’me u jare molato oa Baiseraele.+ U tla jara molato oa bona ka matsatsi ao u tla beng u paqame ka ’ona. 5 U paqame joalo ka matsatsi a 390 a lekanang le lilemo tseo ba ntšitetsoeng ka tsona.+ Ka ho etsa joalo, u tla jara molato oa Baiseraele. 6 U paqame joalo ho fihlela matsatsi ao a fela.
Ka mor’a moo, u paqame ka lehlakore le letona ’me u jare molato oa Juda+ ka matsatsi a 40. Ke khethile hore letsatsi le emele selemo. 7 U shebe tlhaselo ea Jerusalema+ seaparo sa hao se mennoe letsohong ’me u profete hore e tla hlaseloa.
8 Ke tla u tlama ka liropo e le hore u se ke oa fetoha ho fihlela matsatsi a tlhaselo a felile.
9 U nke koro,* harese, linaoa, lensisi, nyalothe le koro e ’ngoe ebe u li tšela ka har’a sekotlolo u iketsetsa bohobe. U tla ja bohobe boo ka matsatsi a 390 ha u ntse u paqame.+ 10 U lekanye lijo tseo u tla li ja ka letsatsi hore li etse likramo tse ka bang 230.* U li je ka nako e tšoanang letsatsi le leng le le leng.
11 U noe likopi tse peli* feela tsa metsi. U a noe ka nako e tšoanang letsatsi le leng le le leng.
12 U je bohobe boo joaloka bohobe bo selika-likoe ba harese. U bo phehe ba ntse ba shebile u sebelisa mantle a batho a ommeng e le libeso.” 13 Jehova a boela a re: “Ka tsela e tšoanang, Baiseraele ba tla ja bohobe bo sa hloekang lichabeng tseo ke tla ba lelekela ho tsona.”+
14 Eaba ke re: “Kea u kopa hle Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle! Ho tloha ke sa le moshanyana ho fihlela hona joale, ha ke e-s’o ka ke itšilafatsa ka ho ja nama ea phoofolo e shoeleng+ kapa e bolailoeng ke liphoofolo tse hlaha ebile ho hang ha ke e-s’o je nama e sa hloekang.”*+
15 A re ho ’na: “Ho lokile, u ka sebelisa bolokoe bo ommeng eseng mantle a batho bakeng sa ho etsa mollo oa ho pheha bohobe ba hao.” 16 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, ke etsa hore ho se ke ha e-ba le lijo* Jerusalema.+ Baahi ba moo ba tla ja bohobe bo lekantsoeng ba tšoenyehile+ le metsi ba tla noa a lekantsoeng ba tšohile haholo.+ 17 Bohobe le metsi li tla fela e le hore ba ka shebana ba tšohile ’me ba ote ka lebaka la liphoso tsa bona.
5 Mor’a motho, inkele sabole e bohale, u e sebelise joaloka lehare la motho ea kutang moriri. U beole hlooho ’me u kute litelu tsa hao. Ka mor’a moo, u behe moriri oo sekaleng ebe u o arola ka likarolo tse tharo. 2 U chese karolo e ’ngoe ea oona ka har’a motse ka mor’a hore matsatsi a ho thibelloa a fele.+ Ka mor’a moo, u nke karolo e ’ngoe ea oona ’me u o hlathe ka sabole ho potoloha motse oohle.+ Karolo ea ho qetela u e lahlele moeeng ’me ke tla ntša sabole ke lelekise ba phonyohileng.+
3 U boele u nke o mong o fokolang ’me u o phuthele seaparong sa hao. 4 O mong u o lahlele mollong u o chese lore! Mollong oo, ho tla tsoa mollo o tla namela ho Baiseraele bohle.+
5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ena ke Jerusalema. Ke e behile har’a lichaba. E pota-potiloe ke linaha ka mahlakoreng ’ohle. 6 E mphetohetse ’me ha e mamele likahlolo le melao ea ka. E etsa lintho tse mpe ho feta lichaba le linaha tsohle tse e potolohileng.+ Ha ba mamele likahlolo tsa ka ’me ha ba latele melao ea ka.’
7 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha le ile la sokolisa ho feta lichaba tsohle tse le potolohileng ’me la se ke la latela melao ea ka le ho mamela likahlolo tsa ka empa la mamela likahlolo tsa lichaba tse le potolohileng,+ 8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke khahlanong le uena Jerusalema+ ’me ke tla u ahlola ka pel’a mahlo a lichaba.+ 9 Ke tla u etsa ntho eo ke e-s’o ka ke e etsa le eo nke keng ka hlola ke e pheta hape ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo u li etsang.+
10 Kahoo, bo-ntate ba har’a lona ba tla ja bara ba bona+ ’me bara ba tla ja bo-ntate ba bona. Ke tla le ahlola kaofela ha lona ke be ke le hasanye hohle.”’+
11 ’Na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle kea ikana ke re, ‘Kaha le silafalitse sehalalelo sa ka ka litšoantšo tsohle tsa lona tse nyonyehang le ka lintho tsohle tse nyonyehang tseo le li etsang,+ le ’na ke tla le lahla.* Nke ke ka le qenehela le ho le utloela bohloko.+ 12 Sehlopha se seng sa lona se tla bolaoa ke boloetse bo kotsi kapa tlala. Se seng se tla bolaoa ka sabole+ mahlakoreng ’ohle a motse. Sehlopha sa ho qetela ke tla se hasanya hohle ’me ke ntše sabole ke se lelekise.+ 13 Ka mor’a moo, khalefo ea ka e tla fela le bohale ba ka bo tla kokobela ’me ke tla be ke khotsofetse.+ Ka mor’a hore ke ba halefele, ba tla tseba hore ’na Jehova, ke buile ’me ke batla hore ba rapele ’na feela.+
14 Ke tla etsa hore u be sebaka se senyehileng le hore u tšehoe ke lichaba tse u potolohileng le bohle ba fetang ka tsela.+ 15 Le tla tšehuoa le be le nyatsuoe,+ le be mohlala o lemosang le ntho e tšosang ho lichaba tse le potolohileng, ha ke le ahlola ebile ke le fa likotlo ke halefile haholo. Ke ’na Jehova ea chong.
16 Ke tla le tlisetsa tlala e tla le bolaea joaloka metsu. Metsu eo ke e romelang e tla le felisa.+ Ke tla etsa hore tlala e be mpe le ho feta ka ho etsa hore le se ke la hlola le fumana lijo.*+ 17 Ke tla le tlisetsa tlala le libata tse kotsi+ ’me li tla le amoha bana. Le tla bolaoa ke boloetse bo kotsi le sabole.+ Ke ’na Jehova ea chong.”
6 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, sheba lithabeng tsa Iseraele ’me u profete khahlanong le tsona. 3 U re, ‘Lona lithaba tsa Iseraele, utloang lentsoe la Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho lithaba, maralla, linokana le likhohlo: “Ke tla le bolaea ka sabole ke be ke felise libaka tsa lona tse phahameng. 4 Lialetare tsa lona li tla heletsoa, liluloana tsa lona tsa libano li tla robeha+ ’me ke tla lahlela batho ba lona ba bolailoeng fatše ka pel’a litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 5 Lona batho ba Iseraele, ke tla lahlela litopo tsa lona ka pel’a litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang* ’me ke tla hasanya masapo a lona ho potoloha lialetare tsohle.+ 6 Libakeng tsohle tseo le lulang ho tsona, metse e tla senngoa+ ’me libaka tse phahameng li heletsoe, li sale li senyehile.+ Lialetare tsa lona li tla lihuoa ’me li ripitloe, litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang li tla felisoa, liluloana tsa lona tsa libano li tla rojoa ’me mesebetsi ea lona e felisoe. 7 Ba bangata ba lona le tla bolaoa+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova.+
8 Ke tla tlohela ba bang hore ba phonyohe sabole ha le le har’a lichaba, le hasane linaheng tsohle.+ 9 Ba phonyohileng ba tla nkhopola ba le lichabeng tseo ba isitsoeng botlamuoeng ho tsona.+ Ba tla hlokomela hore pelo ea ka e ile ea utloa bohloko hobane ha baa ka ba tšepahala* ’me ba ile ba mphuralla+ hape ba ne ba batla* litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang.+ Lintho tsohle tse mpe le tse nyonyehang tseo ba li entseng li tla ba soabisa.+ 10 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova le hore ha ke ne ke ba bolella hore ke tl’o tlisa tlokotsi ena, ke ne ke sa bue leshano.”’+
11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Opang liatla le tapa-tape ’me le hloname ka lebaka la lintho tsohle tse mpe le tse nyonyehang tseo Baiseraele ba li entseng hobane ba tla bolaoa ka sabole, ka tlala le ka boloetse bo kotsi.+ 12 Ea hole o tla bolaoa ke boloetse bo kotsi, ea haufi a bolaoe ka sabole. Mang kapa mang ea phonyohang lintho tsena o tla bolaoa ke tlala. Ke tla ba halefela haholo.+ 13 Le tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha litopo tsa bona li oetse fatše har’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang ho potoloha lialetare tsa bona,+ holim’a maralla ’ohle a phahameng ka holim’a lithaba tsohle, ka tlas’a lifate tsohle tse behang haholo le ka tlas’a makala a lifate tse kholo, moo ba neng ba etsetsa mahlabelo a nkhang hamonate* teng ho khahlisa litšoantšo tsohle tsa bona tse nyonyehang.+ 14 Ke tla otlolla letsoho ’me ke ba fe kotlo, ke etse hore naha ea bona e se ke ea e-ba le baahi le libaka tsohle tseo ba lulang ho tsona li tla sala li se na letho ho feta lehoatata le haufi le Dibla. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”
7 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho naha ea Iseraele: ‘Bofelo! Bofelo bo fihlile naheng eohle. 3 Ke nako ea hore le felisoe. Ke tla le halefela, ke le ahlole ho ea ka liketso tsa lona ke be ke le fe kotlo ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo le li entseng. 4 Nke ke ka le utloela bohloko kapa ka le qenehela+ hobane ke tla le ahlola ho ea ka liketso tsa lona ebile le tla fumana litla-morao tsa lintho tse nyonyehang tseo le li etsang.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova.’+
5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Tlokotsi, tlokotsi e sa tloaelehang ea tla.+ 6 Bofelo boa tla. Bofelo bo tla tla. Bo tla tla ho uena u sa lebella. Boa tla. 7 Nako* ea hao e fihlile, uena ea lulang naheng. Nako ea tla, letsatsi le haufi.+ Lithabeng ho na le molumo oa pherekano eseng oa thabo.
8 Haufinyane ke tla ntšetsa bohale ba ka ho uena+ ke be ke u halefele haholo+ ’me ke tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao ke be ke u fe kotlo ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo u li entseng. 9 Nke ke ka u utloela bohloko kapa ka u qenehela.+ Ke tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao ebile u tla fumana le litla-morao tsa lintho tse nyonyehang tseo u li etsang. Ke tla u ahlola ho ea ka liketso tsa hao. U tla tseba hore ’na Jehova, ke ’na ea u otlang.+
10 Letsatsi lea tla. Le haufi.+ Nako* ea lona e fihlile, thupa eo ke tl’o le otla ka eona e se e lokile ’me boikhohomoso ba sera bo eketsehile. 11 Lintoa li fetohile thupa ea bokhopo.+ Ba ke ke ba pholoha hammoho le maruo a bona, bongata ba bona le botumo ba bona. 12 Nako e tla tla, letsatsi le tla fihla. Motho ea rekang a se ke a thaba le ea rekisang a se ke a utloa bohloko hobane batho bohle ba halefetsoe.*+ 13 Motho ea rekisang a ke ke a khutlela sebakeng seo a se rekisitseng le haeba a ntse a phela hobane lintho tseo u li boneng ponong li tl’o tlela batho bohle. Ha ho na ea tla khutla ebile ha ho na ea tla pholosa bophelo ba hae ka lebaka la phoso ea hae.*
14 Ba letsitse terompeta+ ’me batho bohle ba se ba itokiselitse ho ea ntoeng empa ha ho na motho ea eang hobane ke halefetse batho bohle.+ 15 Batho ba ka ntle ho motse ba tla bolaoa ka sabole+ ’me ba ka hare ba bolaoe ke boloetse bo kotsi le tlala. Motho leha e le ofe ea masimong o tla bolaoa ka sabole ’me tlala le boloetse bo kotsi li bolaee ba ka har’a motse.+ 16 Batho ba bona ba tla pholoha le ba tla khona ho baleha ba tla ea lithabeng. E mong le e mong o tla llela phoso ea hae joaloka maeba a likhohlo.+ 17 Matsoho ’ohle a bona a tla khathala ’me mangole a bona a rothe metsi.*+ 18 Ba apere masela a hoashang*+ ebile ba tšohile haholo. Batho bohle ba tla hlajoa ke lihlong ’me lihlooho tsa bona li tla hlaha lefatla.*+
19 Ba tla lahlela silevera ea bona literateng le khauta ea bona e tla fetoha ntho e nyonyehang ho bona. Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea ba pholosa letsatsing la bohale ba Jehova.+ Ba ke ke ba khotsofala kapa ba khora hobane lintho* tseo e tla be e le tsona tse etsang hore ba etse sebe. 20 Ba ne ba ikhohomosa ka lintho tse ntle tseo ba ikhabisang ka tsona ebile ba etsa litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang ka tsona.*+ Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore e be lintho tse nyonyehang ho bona. 21 Ke tla li* fa batho ba khopo le balichaba hore ba li nke ’me ba tla li silafatsa.
22 Ke tla ba lahla+ ’me ba tla silafatsa sebaka* sa ka se patehileng ebile masholu a tla kena ho sona a se silafatse.+
23 Etsa liketane*+ hobane naha e tletse likahlolo tsa lipolao+ le motseng ho tletse lintoa.+ 24 Ke tla tlisa batho ba khopo ka ho fetisisa lichabeng+ ’me ba tla nka matlo a bona.+ Ke tla etsa hore batho ba matla ba se ke ba hlola ba ikhohomosa ebile libaka tsa bona tse halalelang li tla silafatsoa.+ 25 Ha ba le mathateng, ba tla batla khotso empa e tla be e le sieo.+ 26 Ho tla tla tlokotsi ka mor’a tlokotsi le litaba tse bohloko ka mor’a litaba tse bohloko. Batho ba tla batla pono ho moprofeta+ empa molao* o rutoang ke baprista o ke ke oa ba le thuso. Le keletso e fanoang ke baholo e ke ke ea ba le thuso.+ 27 Morena o tla utloa bohloko+ le khosana e tšoenyehe haholo. Matsoho a batho a tla thothomela ke ho tšoha. Ke tla sebetsana le bona ho ea ka liketso tsa bona ke be ke ba ahlole ho ea kamoo ba ahlotseng batho ba bang kateng. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+
8 Ka selemo sa botšelela, ka khoeli ea botšelela, ka letsatsi la bo15 la khoeli ha ke lutse ka tlung ea ka ’me baholo ba Juda ba lutse ka pel’a ka, matla* a Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a ile a ba holim’a ka. 2 Ha ke ntse ke shebile, ka bona ntho e tšoanang le motho e shebahalang joaloka mollo. Ho tloha karolong e neng e bonahala eka ke letheka la hae ho ea tlase, ho ne ho e-na le mollo.+ Hape ho tloha lethekeng la hae ho ea holimo, o ne a phatsima joaloka motsoako oa khauta le silevera.+ 3 Ka mor’a moo, a otlolla karolo e neng e bonahala eka ke letsoho, a ntšoara ka moriri. Moea oa nkukela pakeng tsa lefatše le leholimo oa ntlisa Jerusalema ka lipono tse tsoang ho Molimo. Oa nkisa keiting e ka hare+ e shebileng leboea, moo ho neng ho eme setšoantšo se rapeloang, se halefisang Molimo.+ 4 Khanya ea Molimo oa Iseraele e ne e le moo,+ e le joaloka eo ke ileng ka e bona thoteng.+
5 O ile a re ho ’na: “Mor’a motho, ke kopa u phahamisetse mahlo a hao leboea.” Kahoo, ka phahamisetsa mahlo ka leboea ’me hona moo, ka leboea ho keiti ea aletare, moo ho kenoang teng ho ne ho e-na le setšoantšo sena se rapeloang se etsang hore Molimo a halefe. 6 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona lintho tse mpe le tse nyonyehang tseo Baiseraele ba li etsang moo,+ lintho tse etsang hore ke tsamaele hole le sehalalelo sa ka?+ Leha ho le joalo, u tl’o bona lintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.”
7 Ka mor’a moo, a ntlisa keiting ea lebala. Ha ke sheba, ka bona lesoba leboteng. 8 A re ho ’na: “Mor’a motho, ke kopa u phunye lebota, u eketse lesoba leo.” Ka phunya lebota eaba ke bona monyako. 9 A re ho ’na: “Kena u bone lintho tse mpe le tse nyonyehang tseo ba li etsang mona.” 10 Kahoo, ka kena eaba kea sheba, ka bona mefuta eohle ea litšoantšo tsa liphoofolo tse hahabang, libata tse nyonyehang+ le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang* tsa Baiseraele.+ Li ne li betliloe leboteng ho le pota-pota ka hohle. 11 Baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba eme ka pel’a tsona ’me Jazania mora oa Shafane+ a eme har’a bona. E mong le e mong oa bona a tšoere pitsa eo ho chesetsoang libano ho eona ’me mosi o nkhang hamonate oa libano o ne o nyoloha.+ 12 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona seo baholo ba Iseraele ba se etsang lefifing, e mong le e mong a le ka likamoreng tsa hae tse ka hare tse nang le litšoantšo tsa hae tse rapeloang? Ba re, ‘Jehova ha a re bone. Jehova o tlohile naheng ena.’”+
13 A boela a re ho ’na: “U tla bona lintho tseo ba li etsang tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.” 14 A ntlisa keiting e ka leboea ea ntlo ea Jehova eaba ke bona basali ba lutseng fatše moo, ba llela molimo Tamuze.
15 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona see? U tla bona lintho tse nyonyehang le tse mpe ho feta tsena.”+ 16 A ntlisa lebaleng le ka hare la ntlo ea Jehova.+ Monyako oa tempele ea Jehova, pakeng tsa foranta le aletare, ho ne ho e-na le banna ba ka bang 25 ba furaletseng tempele ea Jehova, lifahleho tsa bona li shebile ka bochabela. Ba ne ba khumamela letsatsi ba shebile ka bochabela.+
17 A re ho ’na: “Mor’a motho, na u bona see? Na ke ntho e sa reng letho hore ebe Bajuda ba etsa lintho tsee tse nyonyehang le hore ebe ba baka ntoa naheng+ ’me baa ntšiteloa? Joale ba nkhotla ka thupa* ka nkong. 18 Ke tla halefa. Nke ke ka ba utloela bohloko kapa ka ba qenehela.+ Leha ba ka llela ho ’na ba hoelelitse, nke ke ka ba utloa.”+
9 A hoeletsa ka litsebeng tsa ka a re: “Bitsa batho ba tl’o tlisa kahlolo motseng, e mong le e mong a tšoare sebetsa sa hae sa ho bolaea!”
2 Ke ile ka bona banna ba tšeletseng ba hlahang ka lehlakoreng la keiti+ e ka holimo e shebileng ka leboea, e mong le e mong a tšoere sebetsa sa hae sa ntoa. Ba ne ba e-na le monna e mong ea apereng seaparo sa line, a tlameletse lenaka la enke* la mongoli thekeng la hae, ba kena eaba ba ema pel’a aletare ea koporo.+
3 Khanya ea Molimo oa Iseraele+ ea tloha moo e neng e le teng holim’a likerubime ’me ea ea monyako oa ntlo+ eaba Molimo o bitsa monna ea neng a apere seaparo sa line, eo thekeng la hae ho neng ho e-na le lenaka la enke la mongoli. 4 Jehova a re ho eena: “Tsamaea har’a motse oa Jerusalema, u tšoaee liphatla tsa batho ba tšoenyehileng le ba utloileng bohloko+ ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tse etsoang motseng.”+
5 A re ho ba bang ke ntse ke utloa: “Tsamaeang ka mor’a hae motseng ’me le bolaee batho. Le se ke la ba utloela bohloko kapa la ba qenehela.+ 6 Le bolaee banna-baholo, bahlankana, baroetsana, bana le basali.+ Empa le se ke la bolaea motho leha e le ofe ea nang le letšoao.+ Le qale sehalalelong sa ka.”+ Ba qala ka baholo ba neng ba le ka pel’a tempele.*+ 7 Molimo a re ho bona: “Le silafatse tempele* ’me le tlatse litopo lebaleng.+ Tsamaeang!” Ba tsamaea ’me ba bolaea batho motseng.
8 Ha ba ntse ba bolaea batho motseng, ’na ba ile ba ntlohela eaba ke khumama fatše kea hoeletsa ke re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, na u tla bolaea batho ba setseng ba Iseraele ha u ntšetsa bohale ba hao motseng oa Jerusalema?”+
9 A re ho ’na: “Phoso ea Baiseraele le Bajuda e kholo haholo.+ Naha e tletse polao+ le motseng ho tletse tlolo ea molao.+ Ba re, ‘Jehova o tlohile naheng ebile Jehova ha a re bone.’+ 10 Nke ke ka ba utloela bohloko kapa ka ba qenehela.+ Ke tla etsa hore ba utloe bohloko ka lebaka la litla-morao tsa liketso tsa bona.”
11 Ka bona monna ea neng a apere seaparo sa line a bile a tlameletse lenaka la enke thekeng. A tlaleha a re: “Ke entse sohle seo u neng u ntaetse sona.”
10 Ha ke ntse ke shebile, ka bona ka holim’a sepaka-paka se neng se le holim’a lihlooho tsa likerubime ho e-na le ntho e tšoanang le lejoe la safire, e hlaha ka holim’a lihlooho tsa tsona ’me e ne e shebahala joaloka terone.+ 2 Molimo a re ho monna ea apereng seaparo sa line:+ “Kena pakeng tsa mabili,+ ka tlas’a likerubime, u nke mashala a hlenneng+ a tsoang pakeng tsa likerubime u a tlatse ka matsohong a hao ’me u a hasanye motseng.”+ A kena ke ntse ke mo shebile.
3 Likerubime li ne li eme ka lehlakoreng le letona la tempele ha monna eo a kena eaba leru le koahela lebala le ka hare. 4 Khanya ea Jehova+ ea tloha ho likerubime ’me ea ea monyako oa tempele eaba hanyane ka hanyane leru+ le tlala ka tempeleng le lebala le tlala khanya ea Jehova. 5 Molumo oa mapheo a likerubime o ne o ka utloahala le lebaleng le ka ntle, o ne o le joaloka lentsoe la Molimo Ea Matla ’Ohle ha a bua.+
6 A re ho monna ea apereng seaparo sa line: “Nka mollo o pakeng tsa mabili, pakeng tsa likerubime” eaba oa kena ’me o ema pel’a lebili. 7 Kerubime e ’ngoe ea otlollela letsoho mollong o neng o le pakeng tsa likerubime.+ Ea nka mollo o mong ea o beha matsohong a motho ea neng a apere seaparo sa line,+ motho eo a o nka a tsamaea ka oona. 8 Ka tlas’a mapheo a likerubime, ho ne ho e-na le ntho e kang matsoho a motho.+
9 Ha ke ntse ke shebile, ke ile ka bona mabili a mane pel’a likerubime. Ho ne ho e-na le lebili pel’a kerubime e ’ngoe le e ’ngoe. Mabili ao a ne a phatsima joaloka lejoe la krisolite.+ 10 Ka bone ba ’ona a ne a tšoana, a bonahala a entsoe joalokaha eka lebili le ka har’a lebili le leng. 11 Ha a tsamaea, a ne a khona ho ea mahlakoreng a ’ona a mane a sa tjeke hobane a ne a khona ho ea moo hlooho e shebileng teng a sa tjeke. 12 ’Mele eohle ea likerubime e leng mekokotlo, matsoho le mapheo a tsona a ne a tletse mahlo ho li potoloha. Likerubime tseo ka bone ba tsona, li ne li e-na le mabili pel’a tsona ao le ’ona a neng a tletse mahlo ho a potoloha.+ 13 Ke ile ka utloa lentsoe le hoeletsang mabili le re, “Mabili tsamaeang!”
14 E ’ngoe le e ’ngoe* e ne e e-na le lifahleho tse ’nè. Sefahleho sa pele e le sa kerubime, sa bobeli e le sa motho,* sa boraro e le sa tau ’me sa bone e le sa ntsu.+
15 Likerubime li ne li phahama, e ne e le tsona libopuoa tseo ke ileng ka li bona nokeng ea Kebare.+ 16 Ha likerubime li tsamaea le mabili a ne a tsamaea. Ha likerubime li phahamisetsa mapheo a tsona holimo, mabili a ne a sa tjeke hape a ne a sa tlohe mahlakoreng a tsona.+ 17 Ha mangeloi* a tsamaea, mabili le ’ona a ne a tsamaea, ha a ema, mabili le ’ona a ne a ema kaha moea o neng o tataisa mangeloi ao o ne o boetse o le mabiling.
18 Khanya ea Jehova+ ea tloha monyako oa tempele eaba e ema holim’a likerubime.+ 19 Likerubime tsa phahamisa mapheo a tsona tsa ea holimo ke ntse ke shebile. Mabili a ne a ntse a le haufi le tsona ha li tloha. Li ile tsa ema monyako oa keiti ea tempele ea Jehova ’me khanya ea Molimo oa Iseraele e ne e le holim’a tsona.+
20 Tsena ke libopuoa tseo ke ileng ka li bona tlas’a terone ea Molimo oa Iseraele nokeng ea Kebare.+ Kahoo, ke ile ka hlokomela hore e ne e le likerubime. 21 Ka bone ba tsona li ne li e-na le lifahleho tse ’nè, mapheo a mane ’me ka tlas’a mapheo a tsona ho ne ho e-na le ntho e kang matsoho a motho.+ 22 Lifahleho tsa tsona li ne li le joaloka lifahleho tseo ke ileng ka li bona pel’a noka ea Kebare.+ E ’ngoe le e ’ngoe e ne e ea pele.+
11 Moea* oa nkuka oa nkisa keiting e ka bochabela ea tempele ea Jehova.+ Keiting moo, ho ne ho e-na le banna ba 25. Har’a bona e ne e le Jazania mora oa Azure le Pelatia mora oa Benaia e leng likhosana tsa sechaba.+ 2 Molimo a re ho ’na: “Mor’a motho, banna bana ke bona ba batlang ho etsa lintho tse mpe ebile ba khelosa batho motseng ona. 3 Ba re, ‘Na ee ha se nako ea ho haha matlo?+ Motse* ona ke pitsa,*+ rona re nama.’
4 Mor’a motho, profeta, u ba bolelle molaetsa oa kahlolo.”+
5 Moea oa Jehova oa tla ho ’na+ oa re: “Ba bolelle hore Jehova o re: ‘Lona Baiseraele ntho eo le e buileng e nepahetse, ke tseba seo le se nahanneng. 6 Le bolaile batho ba bangata motseng ona ebile le tlatsitse literata tsa oona ka litopo.’”+ 7 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Litopo tseo le li tlatsitseng motseng ona ke nama, motse oona ke pitsa.+ Empa lona le tla lelekoa ho oona.’”
8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “‘Le tšaba sabole+ empa ke tla etsa hore le bolaoe ka eona. 9 Ke tla le ntša Jerusalema ke be ke nehelane ka lona ho lichaba tse ling. Hape ke tla le ahlola.+ 10 Le tla bolaoa ka sabole.+ Ke tla le ahlola moeling oa Iseraele+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova.+ 11 Ho lona motse ona e ke ke ea e-ba pitsa ebile le ke ke la ba nama e ka har’a eona. Ke tla le ahlola moeling oa Iseraele. 12 Le tla tseba hore ke ’na Jehova. Ha lea mamela melao ea ka le litaelo tsa ka+ empa le mametse melao ea lichaba tse le potolohileng.’”+
13 Ha ke qeta ho profeta, Belatia mora oa Benaia o ile a shoa. Eaba ke khumama fatše kea hoeletsa ke re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, na u tl’o felisa Baiseraele ba setseng?”+
14 Jehova a boela a re ho ’na: 15 “Mor’a motho, baahi ba Jerusalema ba itse ho bana beno ba nang le tokelo ea ho lopolla le ho batho bohle ba Iseraele, ‘Suthelang hole le Jehova. Naha ena ke ea rona, re e filoe e le lefa.’ 16 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Le hoja ke ba isitse hole le lichaba tse ling ebile ke ba hasantse har’a naha ka nakoana,+ ke tla ba sehalalelo sa bona linaheng tseo ba leng ho tsona.’+
17 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla boela ke le phuthe har’a lichaba le ho le bokella linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona, ke be ke le fe naha ea Iseraele.+ 18 Ba tla khutlela moo ’me ba tlose lintho tsohle tse nyonyehang le tse mpe tseo ba li etsang.+ 19 Ke tla ba momahanya,* ke fetole lipelo tsa bona+ le tsela eo ba nahanang ka eona.+ Ke tla tlosa pelo e joaloka lejoe ’meleng ea bona+ ’me ke ba fe pelo ea nama,*+ 20 e le hore ba mamele melao ea ka ba be ba latele litaelo tsa ka. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke tla ba Molimo oa bona.’”
21 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Empa ha e le ba tsoelang pele ho etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang, ke tla etsa hore ba utloe bohloko ka lebaka la litla-morao tsa liketso tsa bona.”
22 Likerubime tsa phahamisa mapheo a tsona mabili a le pel’a tsona+ ’me khanya ea Molimo oa Iseraele e ne e le holim’a tsona.+ 23 Ka mor’a moo, khanya ea Jehova+ ea nyoloha ho tsoa motseng eaba e ema holim’a thaba e ka bochabela ho motse.+ 24 Ponong, moea oa nkuka oa nkisa ho batho ba botlamuoeng Kalde. Ka mor’a moo, pono eo ea nyamela. 25 Ka bolella batho ba botlamuoeng lintho tsohle tseo Jehova a mpontšitseng tsona.
12 Jehova a boela a re ho ’na: 2 “Mor’a motho, u lula le batho ba sa mameleng. Ba na le mahlo empa ha ba bone, ba na le litsebe empa ha ba utloe+ kaha ke marabele.+ 3 Uena mor’a motho, hlophisa thoto ea hao ea ho ea botlamuoeng. Motšehare ha ba ntse ba shebile, u ee botlamuoeng. U tsoe ntlong ea hao u ee sebakeng se seng botlamuoeng ba ntse ba shebile. Mohlomong ba tla hlokomela le hoja e le marabele. 4 Motšehare u pake thoto ea hao ba ntse ba u bona joaloka motho ea eang botlamuoeng. Mantsiboea ha ba ntse ba u shebile, u tsamaee joaloka motho ea isoang botlamuoeng.+
5 U phunye lebota la ntlo ea hao ba ntse ba shebile ’me u ntše thoto ea hao ka lona.+ 6 U jare thoto ea hao ba ntse ba u bona ebe u tsamaea lefifing. U koahele sefahleho sa hao e le hore u se ke oa bona fatše hobane ke u etsa pontšo ho Baiseraele.”+
7 Ke ile ka etsa feela joalo. Motšehare ke ile ka ntša thoto ea ka joaloka motho ea eang botlamuoeng ’me mantsiboea ka phunya lesoba leboteng ka matsoho. Ha ho e-ba lefifi, ka ntša thoto ea ka ke e jere ba ntse ba shebile.
8 Hoseng Jehova a boela a bua le ’na a re: 9 “Mor’a motho, na Baiseraele ba sa mameleng ha baa u botsa ba re, ‘U etsa’ng?’ 10 U re ho bona, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kahlolo ena ke ea likhosana+ tsa Jerusalema le Baiseraele bohle ba motseng.”’
11 U re ho bona, ‘Ke pontšo ho lona.+ Lintho tsena tseo ke li etsang li tla ba etsahalla. Ba tla ea botlamuoeng.+ 12 Khosana e har’a bona e tla jara thoto ea eona ebe e tsamaea ho le lefifi. E tla phunya lesoba leboteng, e ntše thoto ea eona ka lona.+ E tla ikoahela sefahleho e le hore e se ke ea bona fatše.’ 13 Ke tla e koahela ka letlooa ke e tšoase,+ ke e tlise Babilona naheng ea Bakalde empa e ke ke ea bona naha eo ’me e tla shoella moo.+ 14 Ke tla hasanya batho bohle ba e potolohileng, bathusi ba eona le masole a eona.+ Ke tla ntša sabole ke ba lelekise.+ 15 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke ba qhalakanya har’a lichaba ebile ke ba hasanya linaheng. 16 Empa ke tla boloka ba ’maloa, nke ke ka ba bolaea ka sabole, ka tlala kapa ka mafu a seoa e le hore moo ba tla ea ba tle ba bolelle lichaba liketso tse nyonyehang tseo ba neng ba li etsa. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”
17 Jehova a boela a re ho ’na: 18 “Mor’a motho, u je bohobe ba hao u thothomela hape u noe metsi a hao u ferekane ebile u tšoenyehile.+ 19 Bolella batho ba naha hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho baahi ba Jerusalema ba lulang naheng ea Iseraele: ‘Ba tla ja bohobe ba bona ba tšoenyehile ’me ba noe metsi ba tšohile kaha naha ea bona e ke ke ea e-ba le baahi ho hang+ ka lebaka la ntoa ea batho bohle ba lulang ho eona.+ 20 Metse e nang le baahi e tla felisoa ebile naha e tla senyeha.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+
21 Jehova a boela a re ho ’na: 22 “Mor’a motho, Iseraele ho na le maele a reng, ‘Matsatsi aa feta le pono e ’ngoe le e ’ngoe e fetoha lefeela.’+ 23 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla felisa mantsoe ana ebile ba ke ke ba hlola ba a sebelisa e le maele Iseraele.’ U boele u re ho bona, ‘Matsatsi a hore pono e ’ngoe le e ’ngoe e phethahale a haufi.’+ 24 Ha ho sa tla hlola ho e-ba le baprofeta ba leshano kapa linohe tsa leshano har’a Baiseraele.+ 25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘ ’Na Jehova ke tla bua. Ntho leha e le efe eo ke e buang e tla phethahala kapele.+ Lona batho ba sa mameleng, mantsoe ao ke tla a bua a tla phethahala mehleng ea lona.’”+
26 Jehova a boela a re ho ’na: 27 “Mor’a motho, Baiseraele ba ntse ba re, ‘Pono eo a e bonang ke ea nakong e tlang le lintho tseo a li profetang li hole le ho phethahala.’+ 28 Ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ho na mantsoe ao ke a buileng a tla lieha ho phethahala, a tla phethahala feela joalokaha ke a buile,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
13 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, bolella baprofeta ba Iseraele molaetsa oa kahlolo.+ U re ho bao ba iqapelang boprofeta,*+ ‘Mamelang lentsoe la Jehova. 3 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ho malimabe baprofeta ba se nang kelello, ba latelang se ka lipelong tsa bona empa ho se na pono eo ke ba bontšitseng eona.+ 4 Uena Iseraele, baprofeta ba hao ba tšoana le liphokojoe tse lulang sebakeng se senyehileng. 5 U ke ke oa ea libakeng tse senyehileng tse nang le mabota a lejoe hore u a hahe bocha bakeng sa ntlo ea Iseraele+ e le hore Baiseraele ba se ke ba oa ntoeng ka letsatsi la Jehova.+ 6 Ba reng, ‘Jehova o itse’ empa Jehova a sa ba roma, ba bone lipono tsa leshano ’me ba profetile leshano. Leha ho le joalo, ba emetse hore mantsoe a bona a phethahale.+ 7 Na ha se pono ea leshano eo le e boneng ebile na ha lea bua leshano ha le re, ‘Jehova o itse’ le hoja ke sa bua letho?”’
8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha le buile leshano ebile lipono tsa lona ke tsa leshano, ke tla le fa kotlo,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”+ 9 ‘Ke tla ahlola baprofeta ba buang leshano le ba bonang lipono tsa leshano.+ Ba ke ke ba e-ba har’a metsoalle e haufi, mabitso a bona a ke ke a ngolisoa har’a Baiseraele ebile ba ke ke ba khutlela naheng ea Iseraele. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.+ 10 Lintho tsena tsohle li tla etsahala hobane ba khelositse batho ba ka ba re, “Ho na le khotso” empa ho se na khotso.+ Ha ho hahoa lebota le arolang, ba le penta ka pente e tšoeu.’*+
11 Bolella batho bao ba ntseng ba penta lebota hore le tla oa. Ho tla na pula e matla le sefako ’me ho be le lifefo tse matla tse tla le liha.+ 12 Ha lebota le oa ho tla thoe ho lona, ‘Pente ea lona e tšoeu e le thusitse ka eng?’+
13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla etsa hore ho be le lifefo tse matla ke be ke nese pula e matla hobane ke halefile. Ke tla boela ke tlise sefako e le hore se senye lebota leo hobane ke halefile haholo. 14 Lebota leo le le pentileng ka pente e tšoeu ke tla le lihela fatše, motheo oa lona o tla bonoa ke batho. Ha motse o felisoa le lona le tla felisoa. Le tla tseba hore ke ’na Jehova.’
15 Ha ke qetile ho ntšetsa bohale ba ka leboteng le ho batho ba le pentileng ka pente e tšoeu, ke tla re ho lona: ‘Lebota ha le sa le eo, le ba le pentileng ha ba sa le eo.+ 16 Baprofeta ba Iseraele ha ba sa le eo, ba neng ba profetela Jerusalema le ba neng ba bona lipono tsa hore e na le khotso empa khotso e le sieo,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
17 Uena mor’a motho, e-ea ho basali ba Iseraele ba iqapelang boprofeta ’me u ba bolelle molaetsa oa kahlolo. 18 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ho malimabe basali ba rokang mabanta a matsoho* le masira a lihlooho a lekanang batho bohle e le hore ba hohele batho. Na le batla ho bolaea batho ba ka, lona le sale le ntse le phela? 19 Le ntlotlolla ka pel’a sechaba sa ka e le hore feela le fuoe harese e tletseng liatla le bohobe.+ Le thetsa sechaba sa ka ka mashano a lona, le bolaea batho ba sa lokelang ho shoa empa le tlohela ba lokelang ho shoa.’+
20 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke hloile mabanta a lona basali ba Iseraele, ao le a sebelisang ho tšoasa batho joalokaha eka ke linonyana. Ke tla a khaola matsohong a lona ke be ke lokolle bao le ba tšoasang joaloka linonyana. 21 Ke tla tabola masira a lona ke be ke pholose batho ba ka. Ha le sa tla khona ho ba tšoasa, le tla tseba hore ke ’na Jehova.+ 22 Le ile la nyahamisa batho ba lokileng ka mashano a lona+ empa ke ne ke sa batle hore ba utloe bohloko.* Le entse hore ba khopo ba be matla.+ Ka lebaka leo, ha baa tlohela lintho tse mpe tseo ba li etsang ’me ba ke ke ba phela.+ 23 Lona basali, le ke ke la hlola le bona lipono tsa leshano le ho etsa bonohe.+ Ke tla pholosa batho ba ka ho lona ebile le tla tseba hore ke ’na Jehova.’”
14 Baholo ba bang ba Iseraele ba tla ho ’na eaba ba lula ka pel’a ka.+ 2 Jehova a bua le ’na a re: 3 “Mor’a motho, banna bana ba ikemiselitse ho rapela litšoantšo tsa bona tse nyonyehang* ebile ba behile leraba le etsang hore batho ba bang ba etse sebe. Na ke ba arabe ha ba mpotsa?+ 4 Ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Haeba Moiseraele a ikemiselitse ho rapela litšoantšo tse nyonyehang, a beha leraba le etsang hore batho ba bang ba etse sebe ebe o kopa thuso ho moprofeta, tsela eo ’na Jehova ke tla mo araba ka eona e tla lekana le melimo ea hae e mengata ea litšoantšo e nyonyehang. 5 Ke tla tšosa Baiseraele hobane kaofela ha bona ba ntahlile ’me ba latetse melimo ea bona ea litšoantšo e nyonyehang.’+
6 Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Khutlelang ho ’na le be le tlohele ho rapela litšoantšo tsa lona tse nyonyehang. Le khaotse ho etsa lintho tsohle tse mpe.+ 7 Haeba Moiseraele kapa molichaba ea lulang Iseraele a tlohela ho ntšebeletsa, a ikemiselitse ho rapela litšoantšo tse nyonyehang ebile a behile leraba le etsang hore batho ba bang ba etse sebe ebe o kopa thuso ho moprofeta oa ka,+ ’na Jehova ke tla mo araba. 8 Ke tla ahlola motho eo ke be ke etse mohlala ho lemosa ba bang. Ke tla mo bolaea sechabeng sa ka+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova.
9 Empa haeba moprofeta eo a lumela ho thetsoa ebe oa araba, ke ’na Jehova ea thetsitseng moprofeta eo.+ Ke tla mo bolaea har’a sechaba sa ka sa Iseraele. 10 Ba tla fumana litla-morao tsa liphoso tsa bona. Moprofeta le motho eo a neng a tl’o kopa thuso ho eena, ba molato. 11 Ka lebaka leo, Baiseraele ba tla khutlela ho ’na ’me ba tlohele ho itšilafatsa ka ho tlohela libe tsohle tseo ba li etsang. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke tla ba Molimo oa bona,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
12 Jehova a boela a re ho ’na: 13 “Mor’a motho, haeba batho ba naha ba ntšiteloa ka hore ba se ke ba ntšepahalla, ke tla ba fa kotlo ka hore ke felise lijo*+ tsa naha. Ke tla tlisa tlala naheng+ ke be ke felise batho le liphoofolo.+ 14 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Le haeba banna bana ba bararo e leng Noe,+ Daniele+ le Jobo+ ba ne ba lula naheng eo, ke bona feela ba neng ba tla pholoha hobane ba lokile.+
15 Kapa a re re ke tlisa liphoofolo tse hlaha tse kotsi naheng eo hore li bolaee baahi ba bangata* e le hore ho se ke ha e-ba le batho ba ka fetang naheng eo ka lebaka la liphoofolo tseo.+ 16 Kea ikana hore le haeba banna bao ba bararo ba ne ba lula naheng eo, ba ne ba ke ke ba khona ho pholosa bara le barali ba bona. Ba ne ba tla pholoha ba le bang ’me naha e ne e tla felisoa,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
17 “Kapa a re re ke tlisa sabole naheng eo+ ’me ke re: ‘Sabole e ke e tle naheng ena,’ e bolaee batho le liphoofolo.+ 18 Le haeba banna bao ba bararo ba ne ba lula naheng eo, kea ikana hore ba ne ba ke ke ba khona ho pholosa bara le barali ba bona. Ba ne ba tla pholoha ba le bang,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
19 “Kapa a re re ke tlisa lefu la seoa naheng+ le ho ntšetsa bohale ba ka ho eona ka hore ke bolaee batho le liphoofolo. 20 Le haeba Noe,+ Daniele+ le Jobo+ ba ne ba lula naheng eo, kea ikana hore ba ne ba ke ke ba khona ho pholosa bara le barali ba bona. Ke bona feela ba neng ba tla pholoha hobane ba lokile,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.+
21 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lintho tsena kaofela li tla etsahala ha ke romela likotlo* tsa ka tse ’nè+ Jerusalema e leng sabole, tlala, liphoofolo tse hlaha tse kotsi le lefu la seoa+ e le hore ke bolaee batho le liphoofolo.+ 22 Leha ho le joalo, ho na le batho ba bang ba tla phonyoha ’me ba ntšoe naheng eo+ le bara le barali ba bona. Ba tla tla ho lona ’me etlare ha le bona liketso tsa bona, le tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha ke tlisitse tlokotsi eo Jerusalema.’”
23 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Le tla tšeliseha ha le bona liketso tsa bona+ ’me le tla utloisisa hore ha kea etsa lintho tseo ntle ho lebaka.’”
15 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, patsi ea sefate sa morara e fapane joang le ea lifate tse ling kapa le makala a lifate tsa moru? 3 Na palo e tsoang ho sona e ka sebelisoa ho etsa mosebetsi leha e le ofe? Na batho ba ka e sebelisa ho etsa ntho e hakang lisebelisoa? 4 E lahleloa mollong ebe ea tuka, mollo o e chesa ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane, o be o e chese bohareng. Ka mor’a moo, na e sa na le molemo? 5 Esita leha e ne e ntse e feletse, e ne e ke ke ea sebelisoa ho etsa mosebetsi leha e le ofe. Joale ha e se e chele, ha e sa na molemo le ho feta.”
6 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Joalokaha ke fane ka patsi ea sefate sa morara e nkoang har’a lifate tsa moru hore ho besoe mollo ka eona, ke tla etsa se tšoanang ka baahi ba Jerusalema.+ 7 Ke tla ba ahlola. Ba phonyohile mollong empa mollo o mong o tla ba chesa. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke le ahlola.’”+
8 “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla felisa naha eo+ hobane baahi ba eona ha baa ntšepahalla.’”+
16 Jehova a bua le ’na hape a re: 2 “Mor’a motho, bolella Jerusalema liketso tsa eona tse nyonyehang.+ 3 Bolella Jerusalema hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘U tsoa Kanana ebile u hlahetse teng. Ntate oa hao e ne e le Moamore+ ’mè oa hao e le Mohethe.+ 4 Letsatsing leo u hlahileng ka lona, lelana la hao la mokhubu ha lea ka la khaoloa. Ha oa ka oa hlatsuoa ka metsi e le hore u hloeke kapa oa tlotsoa ka letsoai ebile ha oa ka oa phutheloa ka masela. 5 Ha oa ka oa etsetsoa lintho tsena hobane ho ne ho se na motho ea u utloelang bohloko. Ha ho na motho ea neng a u qenehela. Ho e-na le hoo, letsatsing leo u hlahileng ka lona, u ile oa lahleloa har’a naha hobane u ne u hloiloe.
6 Ha ke feta, ke ile ka u bona u raha-raha ka har’a mali a hao eaba ke re ho uena: ‘Tsoela pele u phela.’ Ke ile ka pheta mantsoe ao ha u ntse u le ka har’a mali a hao ka re: ‘Tsoela pele u phela.’ 7 Ke ile ka u etsa sechaba se seholo joaloka lijalo tse melang masimong, u ile oa hola hantle oa ba moholo oa ba oa roala mekhabiso. Matsoele a hao a ile a tiea le moriri oa hao oa hola empa u ne u ntse u hlobotse.
8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ha ke feta ke ile ka u bona, ka hlokomela hore u lilemong tsa ho bontšoa lerato. Ka u koahela ka seaparo* sa ka+ hobane u ne u sa apara eaba ke etsa selekane le uena ’me oa ba oa ka. 9 Ka boela ka u hlatsoa ka metsi ka tlosa mali a hao eaba ke u tlotsa ka oli.+ 10 Ka u apesa liaparo tsa theko e phahameng, ka u apesa seaparo se nang le mekhabiso ka ba ka u roesa lieta tsa letlalo.* Ka u roesa lesela le letle la line hloohong. 11 Ke ile ka u khabisa, ka u roesa lifaha matsohong le molaleng. 12 Ke ile ka boela ka u roesa masale nkong le litsebeng. Ka u roesa korone e ntle hloohong. 13 U ne u ikhabisa ka khauta le silevera, liaparo tsa hao li entsoe ka line e ntle, li e-na le mokhabiso o motle ebile e le tsa theko e phahameng. U ne u ja phofo e sitsoeng hantle, mahe a linotši le oli. U ile oa hola ’me oa ba motle,+ oa tšoaneloa ke ho ba mofumahali.”
14 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Botumo ba hao bo ile ba qala ho fihla le har’a lichaba+ ka lebaka la botle ba hao. Botle ba hao bo ne bo tsoteha hobane ke ne ke behile khanya ea ka holim’a hao.”+
15 U ile oa qala ho itšepa haholo hobane u le motle+ eaba u ba letekatse ka lebaka la botumo ba hao.+ U ne u robala le batho bohle ba fetang ka tsela+ ’me oa inehella bona ka lebaka la botle ba hao. 16 U ile oa nka liaparo tse ling tsa hao, oa khabisa libaka tse phahameng tseo u neng u etsetsa botekatse ho tsona.+ Lintho tse joalo ha lia lokela ho etsahala ebile u se ke oa hlola u li etsa. 17 U ile oa boela oa nka mabenyane* a matle a entsoeng ka khauta le silevera tseo ke u fileng tsona, oa iketsetsa litšoantšo tsa banna eaba u etsa botekatse le tsona.+ 18 Oa nka liaparo tsa hao tse khabisitsoeng, oa li* koahela ka tsona eaba u li fa oli le libano tsa ka.+ 19 Oa li fa bohobe boo ke ileng ka u fa bona hore u bo je, bo entsoeng ka phofo e sitsoeng hantle, oli le mahe a linotši. U ile oa li fa tsona e le nyehelo e monko o monate.*+ Ke eona ntho eo u ileng oa e etsa,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
20 ‘U ile oa nka bara le barali bao u ntsoaletseng bona,+ oa etsetsa litšoantšo tseo mahlabelo ka bona.+ Na liketso tsee tsa hao tsa botekatse ha lia lekana? 21 U ile oa bolaea bana ba ka oa ba oa fana ka bona e le mahlabelo ka ho ba chesa.+ 22 Ha u ntse u etsa botekatse le lintho tsohle tse nyonyehang, u ile oa lebala hore ha u ne u le ngoana, u ne u hlobotse ’me u sa apara ebile u raha-raha ka har’a mali a hao. 23 U malimabe. U malimabe hobane u entse lintho tsena tsohle tse mpe,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 24 ‘U ile oa ikahela sebaka sa ho rapela melimo ea bohata mabaleng ’ohle a motse e le hore u rapele litšoantšo tsa hao tsa bohata. 25 Oa ikahela libaka tse phahameng sebakeng se bonoang ke motho e mong le e mong, seterateng se seng le se seng. U fetotse botle ba hao ntho e nyonyehang hobane u ne u ipapatsa ho motho e mong le e mong ea fetang ka tsela.+ U ile oa eketsa liketso tsa hao tsa botekatse.+ 26 Oa etsa botekatse le baahisani ba hao ba nang le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano e leng Baegepeta.+ U ile oa ’na oa nkutloisa bohloko ka liketso tse sa feleng tsa botekatse. 27 Ka lebaka leo, ke tla u fa kotlo ke be ke etse hore u se ke oa ba le lijo.+ Ke tla fana ka uena ho basali ba u hloileng+ e leng Bafilista ba neng ba soabisoa ke boitšoaro ba hao bo bobe, e le hore ba etse ntho eo ba e batlang ka uena.+
28 Kaha u ne u sa khotsofale, u ile oa etsa botekatse le Baasiria+ empa le ka mor’a hore u etse botekatse le bona, u ne u ntse u sa khotsofala. 29 U ile oa fetela pele le naheng ea bo-rakhoebo* le ho Bakalde+ oa etsa botekatse le bona. Leha ho le joalo, ha oa ka oa khotsofala. 30 U ne u feteletse* ha u etsa lintho tsena tsohle, u itšoere joaloka letekatse le tellang,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.+ 31 ‘Empa ha u ikahela libaka tse phahameng sebakeng se bonoang ke batho bohle seterateng se seng le se seng le mabaleng ’ohle a motse, u ne u se joaloka letekatse hobane u ne u hana ho pataloa. 32 U mosali ea febang, ea robalang le banna ba bang eseng le monna oa hae.+ 33 Batho ke bona ba fang matekatse limpho+ empa uena u file batho ba neng ba robala le uena limpho+ ebile u ba fa tjotjo hore ba tle ho uena ba tsoa libakeng tsohle e le hore ba tl’o etsa botekatse le uena.+ 34 Ha u tšoane le basali ba bang ba matekatse. Ha ho na motho ea etsang botekatse joaloka uena. Uena u patala batho ba tlang ho uena, ha se bona ba u patalang. U etsa lintho ka tsela e fapaneng.
35 Uena letekatse,+ mamela mantsoe a Jehova. 36 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kaha u bontšitse hore u na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano ebile batho ba u bone u sa apara nakong eo u neng u etsa botekatse le batho bao u neng u ba rata, hammoho le melimo ea litšoantšo e nyonyehang*+ eo u ileng oa e etsetsa mahlabelo ka mali a bara ba hao,+ 37 ke bokella batho bohle bao u neng u ba rata, bao u kileng oa etsa botekatse le bona le batho bohle bao u ba hloileng. Ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tsohle hore ba u loantše ke be ke etse hore ba u bone u sa apara letho.+
38 Ke tla u fa kotlo e tšoanelang basali ba febang+ le basali ba bolaeang.+ U tla bolaoa ka sehloho hobane ha oa ntšepahalla.+ 39 Ke tla nehelana ka uena ho bona ’me ba tla liha libaka tsa hao tse phahameng.+ Ba tla u hlobolisa liaparo tsa hao,+ ba nke mabenyane* a hao a matle+ ba be ba u siee u hlobotse. 40 Ba tla tlisa batho ba bangata hore ba u loantše,+ ba tla u tlepetsa ka majoe+ ba be ba u bolaee ka lisabole tsa bona.+ 41 Ba tla chesa matlo a hao+ ’me ba u ahlole ka pel’a basali ba bangata. Ke tla felisa botekatse ba hao+ ebile u tla khaotsa ho patala batho. 42 Ke tla ntšetsa khalefo ea ka ho uena+ ho fihlela ke khotsofala. Ka mor’a moo, bohale ba ka bo tla fokotseha.+ Ha ke sa tla hlola ke u halefela.”
43 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “U lebetse hore ke ile ka u hlokomela u sa le ngoana+ ’me u nkhalefisitse ka ho etsa lintho tsena tsohle tse mpe. Kahoo, ke tla etsa hore u fumane litla-morao tsa liketso tsa hao ’me ha u sa tla hlola u etsa liketso tsa hao tse mpe le tse nyonyehang.
44 Batho ba sebelisang maele ba tla sebelisa maele a latelang ho uena: ‘Ngoan’a lekhala o tsamaea ka lekeke joaloka ’m’ae.’+ 45 U futsitse ’mè oa hao, ea neng a hloile monna oa hae le bana ba hae. U tšoana hantle le bana beno, ba neng ba hloile banna ba bona le bana ba bona. ’Mè oa hao e ne e le Mohethe, ntate oa hao eena e le Moamore.+
46 Ausi oa hao ke Samaria+ ’me o lula lehlakoreng le ka leboea ho uena le barali ba hae.+ Ngoan’eno e monyenyane ea lulang ka boroa ho uena le barali ba hae,+ ke Sodoma.+ 47 Ha oa etsa feela lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa le ho latela liketso tsa bona tse nyonyehang empa ka mor’a nako e seng kae feela, u ne u se u etsa lintho tse fetang tseo ba neng ba li etsa.”+ 48 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, “Kea hlapanya hore ngoan’eno Sodoma le barali ba hae, ha baa etsa lintho tse mpe tse tšoanang le tseo uena le barali ba hao le li entseng. 49 Sebe seo ngoan’eno Sodoma a se entseng ke sena: Eena le barali ba hae+ ba ne ba ikhohomosa,+ ba e-na le lijo tse ngata+ ebile ba phela hamonate ba sa tšoenyehe ka letho.+ Leha ho le joalo, ba ne ba sa thuse batho ba hlokang thuso le ba futsanehileng.+ 50 Ha baa ka ba tlohela ho ikhohomosa+ le ho etsa lintho tse nyonyehang ka pel’a ka.+ Kahoo, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke ba felise.+
51 Samaria le eena+ ha a etsa le halofo ea libe tseo u li entseng. U ile oa ’na oa etsa lintho tse nyonyehang ho ba feta, hoo bana beno ba ileng ba bonahala ba lokile ka lebaka la liketso tsohle tse nyonyehang tseo u li entseng.+ 52 U tla tlotlolleha hobane u ile oa lumellana le boitšoaro ba bana beno. Ba lokile ho u feta hobane u entse lintho tse nyonyehang ho ba feta. Ka lebaka leo, itšoabele hobane u entse hore ho bonahale eka bana beno ba lokile.
53 Ke tla bokella batlamuoa ba hao le batlamuoa ba bona e leng batlamuoa ba Sodoma le barali ba hae le batlamuoa ba Samaria le barali ba hae.+ 54 Ke tla etsa joalo e le hore u tle u tlotlollohe u be u soabele hore u ile oa ba tšelisa. 55 Bana beno e leng Sodoma le barali ba hae le Samaria le barali ba hae, ba tla khutlela boemong boo ba neng ba le ho bona pele. Le uena le barali ba hao le tla khutlela boemong ba lona ba pele.+ 56 Ha u ntse u ikhohomosa, u ne u khella ngoan’eno Sodoma fatše hoo u neng u sa bue le ka eena. 57 Ka nako eo, bokhopo ba hao bo ne bo e-s’o hlahelle.+ Hona joale Basiria le baahisani ba bona, Bafilista+ hammoho le ba le potolohileng baa le soma. 58 Le tla fumana litla-morao tsa liketso tsa lona tse nyonyehang,” ke Jehova ea chong.
59 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla u fa kotlo ka lebaka la lintho tseo u li entseng+ hobane ha oa tšepahalla selekane sa ka.+ 60 Empa ’na nke ke ka lebala selekane seo ke ileng ka se etsa le uena ha u sa le ngoana. Ke tla boela ke etse selekane se sa feleng le uena.+ 61 U tla hopola boitšoaro ba hao ’me u soabe+ ha u amohela bana beno ba baholo le ba banyenyane ho uena. Ke tla u fa bona hore e be barali ba hao empa eseng ka lebaka la selekane seo ke se entseng le uena.
62 Ke tla etsa selekane le uena ’me u tla tseba hore ke ’na Jehova. 63 Ha ke u etsetsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo u li entseng,+ u tla hopola lintho tseo u li entseng ’me u tla soabela le ho bula molomo,”+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.’”
17 Jehova a re ho ’na: 2 “Mor’a motho, etsa selotho le maele ka Baiseraele.+ 3 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ntsu e kholo+ e nang le mapheo a maholo le masiba a malelele, a mangata le a mebala-bala e ile ea ea Lebanone+ eaba e nka karolo e ka holimo ea sefate sa kedare.+ 4 E ile ea khaola lekala le ka holimo-limo eaba e le isa naheng ea bo-rakhoebo* ’me ea le beha teng.+ 5 Ea nka peo e ’ngoe naheng eo,+ ea e jala tšimong e nang le mobu o motle. E ile ea e jala joaloka sefate sa moluoane se pel’a metsi a mangata. 6 Peo eo e ile ea mela ’me ea e-ba sefate sa morara se sekhutšoanyane+ ebile makala a sona a ile a ata le metso ea sona ea holela tlas’a sona, sa hlahisa lithunthung le makala.+
7 Ho ile ha tla ntsu e ’ngoe hape e kholo+ e nang le mapheo le masiba a maholo.+ Sefate seo sa morara se ile sa otlollela metso ea sona ho eona, sa tloha moo se neng se lenngoe teng. Sa otlollela makala a sona ho ntsu e le hore e se nosetse.+ 8 Se ne se lenngoe tšimong e nang le mobu o motle le pel’a metsi a mangata e le hore e be sefate se setle sa morara, se hlahisang makala le se behang litholoana.’+
9 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Na se tla atleha? Na motho a ke ke a khaola metso ea sona+ ebe o etsa hore litholoana tsa sona li bole le hore makala a sona a omelle?+ Se tla omella hoo ho ke keng ha hlokahala motho ea matla kapa ba bangata hore ba se ntše ka metso. 10 Na se tla atleha le hoja se tlositsoe sebakeng se seng ’me sa isoa ho se seng? Na se ke ke sa omella ka ho feletseng ha ho fihla moea o tsoang ka bochabela? Se tla omella moo se lenngoeng teng.’”
11 Jehova a boela a re ho ’na: 12 “Ke kopa u re ho sechaba seo se sa mameleng, ‘Na ha le utloisise hore na lintho tsee li bolela’ng? Morena oa Babilona o ile a tla Jerusalema a nka morena le likhosana tsa hae eaba o khutlela le tsona Babilona.+ 13 Hape a nka e mong ea tsoang lelokong* la borena+ eaba o etsa selekane le eena a ba a etsa hore a ikane hore o tla se tšepahalla.+ O ile a nka le banna ba hlomphehang ba naha.+ 14 O ne a etsa joalo e le hore ’muso o fokole, o se ke oa hlola o e-ba matla le hore o tle o lule o le teng haeba feela o tšepahalla selekane sa hae.+ 15 Empa morena oa Juda o ile a fetohela morena oa Babilona+ ka hore a romele baromuoa Egepeta ho ea nka lipere+ le masole a mangata.+ Na o tla atleha? Na motho ea etsang lintho tsee o tla tloheloa feela a sa fuoe kotlo? Na o tla tlola selekane ebe ha a fuoe kotlo?+
16 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle a ikana a re: “O tla shoella Babilona sebakeng seo morena* ea ileng a mo khetha hore e be morena* a lulang ho sona, eo a sa mo tšepahallang le ho latela selekane sa hae.+ 17 Lebotho le leholo la sesole la Faro le ke ke la mo thusa ntoeng+ ha ho hahoa lebota le thibellang motse e le hore ho bolaoe batho ba bangata. 18 Le hoja a ile a tšepisa hore o tla tšepahala, ha aa ka a etsa joalo ebile o tlotse le selekane. O entse lintho tsena tsohle ’me a ke ke a phonyoha kotlo.”
19 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kea ikana hore ke tla mo fa kotlo ka lebaka la ho se tšepahalle selekane sa ka le kano eo a e entseng ka lebitso la ka.*+ 20 Ke tla lahlela letlooa* la ka holim’a hae ke be ke mo tšoase ka lona.+ Ke tla mo isa Babilona, ke mo qosetse teng ka lebaka la ho se ntšepahalle.+ 21 Masole a hae a balehileng a tla bolaoa ka sabole ebe a setseng a hasanngoa hohle.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova ea buileng.”+
22 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla nka lekala karolong e ka holimo-limo ea sefate sa kedare+ ke le leme. Ho lona ke tla nka lekhasi,+ ke le leme thabeng e telele.+ 23 Ke tla le lema thabeng e phahameng ea Iseraele. E tla ba sefate se seholo sa kedare, makala a sona a tla hola se be se behe le litholoana. Linonyana tsa mefuta eohle li tla lula tlas’a sona le tlas’a moriti oa makala a sona. 24 Lifate tsohle li tla tseba hore ’na Jehova ke kokobelitse sefate se phahameng ’me ka phahamisa se tlase.+ Ke ile ka etsa hore sefate se setala se omelle eaba ke etsa hore se omeletseng se thunye.+ ’Na Jehova ke buile ebile ke entse joalo.”’”
18 Jehova a re ho ’na: 2 “A bolela’ng maele ao le a buileng naheng ea Iseraele a reng, ‘Bo-ntate ba jele morara o bolila empa bara ke bona ba utloang bolila boo’?+
3 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle oa ikana o re, ‘Ha le sa tla hlola le bua maele ana naheng ea Iseraele. 4 Ke ’na ea fanang ka bophelo.* Bophelo* ba ntate le ba mora bo tsoa ho ’na. Motho* ea etsang sebe ke eena ea tla shoa.
5 Haeba motho a lokile, a etsa lintho tse nepahetseng a bile a e-na le toka, 6 a sa je mahlabelo a etsetsoang litšoantšo tse rapeloang lithabeng,+ a sa rapele litšoantšo tse nyonyehang* tsa Baiseraele, a sa etse thobalano le mosali oa moahisani oa hae+ kapa le mosali ea matsatsing,+ 7 a sa tšoare batho hampe+ empa a khutlisa lintho tseo a neng a li nkile ho motho ea mo kolotang,+ a sa qhekelle batho+ empa a fa batho ba lapileng lijo+ le ho fa ba hlobotseng liaparo,+ 8 a sa patalise tsoala kapa ho etsa phaello+ empa a qoba ho tšoara batho ka ho hloka toka,+ a ahlola batho ka toka+ 9 a bile a mamela litaelo tsa ka le melao ea ka e le hore a ntšepahalle, motho eo o lokile ’me o tla lula a phela,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
10 Empa haeba a ba le mora oa lesholu,+ ea bolaeang+ kapa ea etsang e ’ngoe ea lintho tse latelang: 11 (Le hoja ntate oa hae a sa etsa leha e le ’ngoe ea lintho tsena) A ja mahlabelo a etsetsoang litšoantšo tse rapeloang lithabeng, a etsa thobalano le mosali oa moahisani oa hae, 12 a tšoara batho ba hlokang le bafutsana hampe,+ a qhekella batho, a sa khutlise lintho tseo a li nkileng ho motho ea mo kolotang, a rapela litšoantšo tse nyonyehang,+ a etsa lintho tse mpe+ 13 a bile a patalisa tsoala, a etsa le phaello,+ mora eo o tla bolaoa ka lebaka la lintho tsena tsohle tse mpe tseo a li entseng, ke molato oa hae hore ebe o shoele.
14 Empa haeba ntate a e-na le mora ’me mora oa hae a bona libe tsohle tseo ntate oa hae a li etsang empa a sa mo etsise, 15 a sa je mahlabelo a etselitsoeng litšoantšo tse rapeloang lithabeng, a sa rapele litšoantšo tse nyonyehang tsa Baiseraele, a sa etse thobalano le mosali oa moahisani oa hae, 16 a sa tšoare batho hampe empa a khutlisa lintho tseo a neng a li nkile ho motho ea mo kolotang, a sa qhekelle batho empa a fa batho ba lapileng lijo le ho fa ba hlobotseng liaparo, 17 a qoba ho tšoara bafutsana hampe, a sa patalise tsoala kapa ho etsa phaello a bile a mamela litaelo tsa ka le melao ea ka, mora eo o tla phela, a ke ke a shoa ka lebaka la libe tsa ntate oa hae. 18 Empa ntate oa hae o tla shoa hobane o ne a etsa bolotsana, a utsoetsa batho a bile a etsa lintho tse mpe.
19 Empa le tla re: “Ke hobane’ng ha mora a sa be molato ka lebaka la libe tsa ntate oa hae?” A ke ke a shoa hobane o entse lintho tse lokileng, o mametse melao eohle ea ka a ba a tšoara batho ka toka.+ 20 Motho* ea etsang sebe ke eena ea tla shoa.+ Mora a ke ke a ba molato ka lebaka la libe tsa ntate oa hae le ntate a ke ke a ba molato ka lebaka la libe tsa mora oa hae. Motho ea etsang lintho tse lokileng o tla putsoa ka lebaka la tsona empa ea etsang lintho tse khopo, o tla fuoa kotlo.+
21 Haeba motho ea khopo a fetoha ’me a tlohela ho etsa lintho tse mpe, a e-na le toka, a mamela melao ea ka a bile a etsa lintho tse lokileng, a ke ke a shoa empa o tla phela.+ 22 Nke ke ka mo ahlolela* libe tseo a li entseng pele.+ O tla phela kaha o se a etsa lintho tse lokileng.’+
23 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa.+ Nka thabela hore a fetole litsela tsa hae tse mpe ’me a tsoele pele a phela.+
24 Empa haeba motho ea lokileng a tlohela ho etsa lintho tse ntle ebe o etsa lintho tse mpe le lintho tsohle tse nyonyehang tse etsoang ke batho ba khopo, o tla shoa. Nke ke ka hopola lintho tse ntle tseo a ileng a li etsa.+ O tla shoa ka lebaka la sebe seo a se entseng le ho se tšepahale.+
25 Empa le tla re: “Jehova ha a etse lintho ka toka.”+ Mamelang lona Baiseraele, na ke ’na ea sa etseng lintho ka toka?+ Na ha se lona ba sa etseng lintho ka toka?+
26 Ha motho ea lokileng a tlohela ho etsa lintho tse ntle ebe o etsa lintho tse mpe, o tla shoa ka lebaka la lintho tse mpe tseo a li etsang.
27 Ha motho ea khopo a fetoha ’me a tlohela ho etsa lintho tse mpe, a e-na le toka a bile a etsa lintho tse lokileng, a ke ke a shoa.+ 28 Ha a hlokomela hore lintho tseo a li etsang li mpe a bile a tlohela ho li etsa, a ke ke a shoa empa o tla phela.
29 Empa Baiseraele ba tla re: “Jehova ha a etse lintho ka toka.” Lona Baiseraele,+ na ke ’na ea sa etseng lintho ka toka? Na ha se lona ba sa etseng lintho ka toka?’
30 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong oa lona ho ea ka liketso tsa hae.+ Tlohelang ho etsa lintho tsohle tse mpe e le hore le se ke la ntšiteloa ebe le fumana kotlo. 31 Baiseraele, tlohelang lintho tsohle tse mpe tseo le li etsang.+ Fetolang maikutlo* a lona le tsela eo le nahanang ka eona+ e le hore le se ke la shoa.’+
32 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke thabele ho bona motho leha e le ofe a shoa.+ Ka lebaka leo, fetolang lintho tseo le li etsang e le hore le phele.’”+
19 “Bina koli-ea-malla* e buang ka likhosana tsa Iseraele 2 u re,
‘ ’Mè oa hao o ne a le joaloka tau e tšehali har’a litau.
O ne a lula har’a litaoana tse matla a holisa malinyane a hae.
3 O ile a holisa lelinyane le leng la hae hore e be taoana e matla.+
E ile ea ithuta ho harola liphoofolo tseo e li tsommeng,
E ne e bile e ja batho.
4 Lichaba li ile tsa utloela ka taoana eo eaba li cheka sekoti lia e tšoasa,
Tsa e isa naheng ea Egepeta li e tšoere ka lihakisi.+
5 ’Mè oa eona o ile a ema ho fihlela a bona hore ha ho sa na tšepo ea hore e tla khutla.
A nka lelinyane le leng la hae a le etsa taoana e matla.
6 Le lona le ile la lula har’a litau tse ling ’me la fetoha taoana e matla.
E ile ea ithuta ho harola liphoofolo tseo e li tsommeng, e ne e bile e ja batho.+
7 E ne e tsamaea har’a litora tsa bona tse sirelelitsoeng ka thata le metseng ea bona e senyehileng.
Ha e puruma, molumo oa eona o ne o utloahala hohle naheng eo e senyehileng.+
8 Lichaba tse tsoang literekeng tse e potolohileng
Tsa e tšoasa ka letlooa ka sekoting seo li se chekileng.
9 Li ile tsa e tšoara ka lihakisi, tsa e kenya ka serobeng sa litšepe eaba li e isa ho morena oa Babilona.
Tsa e koalla moo e le hore lentsoe la eona le se ke la hlola le utloahala lithabeng tsa Iseraele.
10 ’Mè oa hao o ne a le joaloka sefate sa morara*+ se lenngoeng pel’a metsi.
Se ne se e-ba le makala ebile se beha litholoana hobane se le pel’a metsi a mangata.
11 Makala* a sona a ile a tiea hoo a neng a khona ho etsa mare a borena a babusi.
Se ile sa hola sa e-ba selelele ho feta lifate tse ling,
Se ne se bonahala ka lebaka la bolelele le makala a sona a mangata.
12 Empa se ile sa fotholoa+ ka bohale sa lahleloa fatše
Eaba moea o hlahang ka bochabela o etsa hore litholoana tsa sona li omelle.
Makala a sona a matla a ile a rojoa, a omella+ a ba a cha.+
14 Mollo o ile oa chesa makala, lithunthung le litholoana tsa sona.
Ha ho na lekala le tiileng le ileng la sala ’me le lere la borena ha lea ka la e-ba teng.’+
Ena ke eona pina ea koli-ea-malla ’me e tla lula e le koli-ea-malla.”
20 Ka letsatsi la leshome khoeling ea bohlano, ka selemo sa bosupa, baholo ba bang ba Iseraele ba ile ba tla ho ’na ho tla botsa Jehova. 2 Jehova a bua le ’na a re: 3 “Mor’a motho, bolella baholo ba Iseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Na le tlile ho tla batla thuso ho ’na? Kea ikana hore nke ke ka le thusa,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
4 “Na u itokiselitse ho ba ahlola? Mor’a motho, na u itokiselitse ho ba ahlola? Ba bolelle lintho tse nyonyehang tseo baholo-holo ba bona ba li entseng.+ 5 Ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo ka lona ke ileng ka khetha Iseraele,+ ke ile ka boela ka ikana ho batho ba leloko la Jakobo,* ka itsebisa ho bona naheng ea Egepeta.+ Ke ile ka ba hlapanyetsa hore ke ’na Jehova Molimo oa bona. 6 Letsatsing leo, ke ile ka ikana hore ke tla ba ntša naheng ea Egepeta, ke ba ise naheng eo ke ba khethetseng eona, e phallang lebese le mahe a linotši.+ E ne e le naha e fetang linaha tsohle ka botle. 7 Ke ile ka re ho bona: “E mong le e mong a lahle lintho tse nyonyehang* tseo a nang le tsona hape le se ke la itšilafatsa ka litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ’na Jehova Molimo oa lona.”+
8 Empa ba ile ba mphetohela eaba ha ba ’mamele. Ha baa ka ba lahla lintho tse nyonyehang tseo ba neng ba e-na le tsona le ho khaotsa ho rapela litšoantšo tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela ’me ke ntšetse bohale ba ka bohle ho bona ha ba le naheng ea Egepeta. 9 Empa ha kea ka ka etsa joalo e le hore lichaba tseo ba lulang har’a tsona li se ke tsa tella lebitso la ka+ kaha ke ile ka itsebahatsa ho Baiseraele ka pel’a lichaba tsena ha ke ne ke ba ntša Egepeta.+ 10 Ke ile ka ba ntša naheng ea Egepeta ka ba isa lefeelleng.+
11 Ke ile ka ba fa melao le litaelo tsa ka+ e le hore motho ea li mamelang a ka phela.+ 12 Ka boela ka ba fa lisabatha tsa ka+ e le letšoao pakeng tsa ka le bona+ le tla ba hopotsa hore ke ’na Jehova ea ba halaletsang.
13 Empa Baiseraele ba ile ba mphetohela ha ba le lefeelleng.+ Ha baa ka ba mamela melao ea ka le litaelo tsa ka tseo ha motho a li mamela a fumanang bophelo. Ba ile ba silafatsa lisabatha tsa ka. Kahoo, ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela ke be ke ba felise.+ 14 Empa ha kea ka ka etsa joalo e le hore lichaba tse boneng ha ke ba ntša Egepeta, li se ke tsa tella lebitso la ka.+ 15 Ke ile ka boela ka ikana ha ba le lefeelleng hore nke ke ka ba isa naheng eo ke ba fileng eona,+ e phallang lebese le mahe a linotši,+ e fetang linaha tsohle ka botle 16 hobane ha baa mamela melao ea ka le litaelo tsa ka ebile ba silafalitse lisabatha tsa ka. Ba ile ba khetha ho rapela litšoantšo tse nyonyehang.+
17 Empa ke ile ka ba utloela bohloko eaba ha ke ba felise ha ba le lefeelleng. 18 Ke ile ka re ho bana ba bona lefeelleng:+ “Le se ke la mamela melao le litaelo tsa baholo-holo ba lona+ kapa la itšilafatsa ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang. 19 Ke ’na Jehova Molimo oa lona. Mamelang melao ea ka le litaelo tsa ka.+ 20 Le halaletse lisabatha+ tsa ka ’me e tla ba letšoao pakeng tsa ka le lona le le hopotsang hore ke ’na Jehova Molimo oa lona.”+
21 Le bana ba bona ha baa ka ba ’mamela.+ Ha baa ka ba mamela melao ea ka le litaelo tsa ka tseo ha motho a li mamela a fumanang bophelo. Ba ile ba silafatsa lisabatha tsa ka. Kahoo, ka ba bolella hore ke tla ntšetsa bohale ba ka bohle ho bona ha ba le lefeelleng.+ 22 Empa ha kea ka ka ba halefela+ e le hore lichaba tse boneng ha ke ba ntša Egepeta, li se ke tsa tella lebitso la ka.+ 23 Ke ile ka boela ka ikana ho bona ha ba le lefeelleng hore ke tla ba hasanya har’a lichaba, ke ba qhalakanye har’a linaha+ 24 hobane ha baa ka ba mamela melao ea ka le litaelo tsa ka+ ebile ba silafalitse lisabatha tsa ka. Ba ile ba khetha ho rapela litšoantšo tse nyonyehang tsa baholo-holo ba bona.+ 25 Ke ile ka ba tlohela hore ba mamele melao le litaelo tse sa lokang tse neng li ke ke tsa ba fa bophelo.+ 26 Ke ile ka ba tlohela hore ba itšilafatse ka hore ba etse mahlabelo ka ho chesa bana ba bona ba matsibolo+ e le hore ke tle ke ba felise le hore ba tsebe hore ke ’na Jehova.’
27 Mor’a motho, bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baholo-holo ba lona ba ile ba boela ba silafatsa lebitso la ka ka ho se ntšepahalle. 28 Ke ile ka ba isa naheng eo ke neng ke ba tšepisitse hore ke tla ba fa eona.+ Ba ile ba etsa mahlabelo le linyehelo tse sa nthabiseng ha ba bona maralla a phahameng le lifate tse ntle.+ Ba fana ka mahlabelo a bona a monko o monate* le ho tšela linyehelo tsa seno moo. 29 Kahoo, ka re ho bona: “Ke hobane’ng ha le ea sebakeng seo se phahameng? (Sebaka seo se ntse se bitsoa Sebaka se Phahameng ho fihlela letsatsing lena.)”’+
30 ‘Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Na le lona le itšilafatsa ka ho se ntšepahalle* joaloka baholo-holo ba lona ba ileng ba rapela litšoantšo tse nyonyehang?+ 31 Na le ntse le itšilafatsa ho fihlela letsatsing lee ka hore le etsetse litšoantšo tsa lona tse nyonyehang mahlabelo ka ho chesa bana ba lona?+ Joale Baiseraele, na le lebeletse hore ke le arabe ha le kopa thuso?”’+
‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, “Kea ikana hore nke ke ka le araba.+ 32 Lona le re, ‘A re beng joaloka lichaba tse ling, joaloka malapa a linaha tse ling a rapelang* patsi le majoe’+ empa ntho eo e ke ke ea etsahala.’”
33 ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, “Kea ikana hore ke tla ba morena oa lona. Ke tla le ahlola ka letsoho la ka le matla ke be ke ntšetse khalefo ea ka ho lona.+ 34 Ke tla le phutha har’a lichaba ka letsoho la ka le matla, ke be ke le bokelle ke halefile ho tsoa linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona.+ 35 Ke tla le isa lefeelleng la lichaba ebe ke le ahlolela moo.+
36 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla le ahlola feela joalokaha ke ile ka ahlola baholo-holo ba lona ha ba le lefeelleng naheng ea Egepeta. 37 Ke tla le fetisa tlas’a molamu oa molisa,+ ke be ke etse hore le boloke selekane sa ka. 38 Ke tla ntša batho ba ntšiteloang le ba sa ’mameleng har’a lona.+ Ke tla ba ntša naheng eo ba lulang ho eona e le balichaba empa ba ke ke ba kena naheng ea Iseraele.+ Le tla tseba hore ke ’na Jehova.’
39 Lona Baiseraele, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Tsamaeang le e’o rapela litšoantšo tsa lona tse nyonyehang.+ Empa ka mor’a moo haeba le ntse le sa ’mamele, le ke ke la hlola le khona ho silafatsa lebitso la ka ka mahlabelo a lona le ka litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang.’+
40 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baiseraele bohle ba tla ntšebeletsa thabeng e phahameng ea Iseraele+ e leng thaba ea ka e halalelang. Ke tla le amohela ’me ke batle monehelo ho lona le linyehelo tsa lihlahisoa tsa lona tsa pele e leng lintho tsohle tsa lona tse halalelang.+ 41 Ka lebaka la monko o monate,* ke tla le amohela ha ke le ntša har’a lichaba leha ke le bokella ho tsoa linaheng tseo le hasantsoeng ho tsona.+ Ke tla le bontša hore kea halalela le lichaba li tla bona seo.+
42 Le tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke le tlisa naheng ea Iseraele,+ eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e fa baholo-holo ba lona. 43 Ha le le moo, le tla hlajoa ke lihlong ha le hopola lintho tse mpe tseo le neng le li etsa+ tseo le ileng la itšilafatsa ka tsona.+ 44 Ka nako eo, lona Baiseraele, le tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke le etsetsa lintho tsena ka lebaka la lebitso la ka+ eseng ho ea ka boitšoaro ba lona kapa liketso tsa lona tse mpe,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.’”
45 Jehova a boela a re ho ’na: 46 “Mor’a motho, sheba ka lehlakoreng le ka boroa ’me u phatlalatse molaetsa oa ka u be u profetele moru o naheng e ka boroa. 47 U re ho moru o naheng e ka boroa, ‘Mamela lentsoe la Jehova. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla tlisa mollo+ ’me o tla chesa lifate tse ntle le tse omeletseng. Mollo oo o ke ke oa tima,+ batho bohle ba lulang ka boroa le ka leboea ba tla utloa mocheso oa oona. 48 Batho bohle ba tla tseba hore ke ’na Jehova ea o tlisitseng kaha ha ho na motho ea ka khonang ho o tima.”’”+
49 Ke ile ka re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ba re ka ’na, ‘O ipuela lilotho feela.’”
21 Jehova a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, sheba ka lehlakoreng la Jerusalema ’me u fane ka boprofeta bo lemosang hore na ho tla etsahala’ng ka libaka tse halalelang le naha ea Iseraele. 3 Bolella Baiseraele hore Jehova o re: ‘Ke tla le loantša, ke ntše sabole ea ka selateng*+ sa eona ebe ke bolaea batho ba lokileng le ba khopo. 4 Sabole ea ka e tla tsoa selateng sa eona hobane ke tla bolaea batho bohle ba lokileng le ba khopo, ho tloha ka boroa ho ea ka leboea. 5 Batho bohle ba tla tseba hore ’na Jehova ke ntšitse sabole ea ka selateng sa eona ’me nke ke ka e khutlisetsa.’+
6 Mor’a motho, feheloa habohloko u be u thothomele ka pel’a bona.+ 7 Haeba ba re ho uena, ‘Ke hobane’ng ha u feheloa?’ u re, ‘Ke ka lebaka la litaba tse tlang.’ Lia tla ’me le tla tšoha haholo ha le li utloa. Matsoho a lona a tla khathala, le tla nyahama ’me mangole a lona a rothe metsi.*+ Litaba tsena ke ’nete ebile li tla etsahala,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
8 Jehova a boela a re ho ’na: 9 “Mor’a motho, profeta hore Jehova o re: ‘Sabole, sabole+ e leolitsoe ebile e bentšitsoe. 10 E leolitsoe hore e bolaee batho ba bangata ebile e bentšitsoe hore e benye joaloka lehalima.’”
Batho ba re: “Re tla thaba.”
Empa Molimo a re: “E* tla khaola lere la mora oa ka la borena+ joalokaha e khaola lifate.
11 Ke fane ka eona hore e bentšoe e be e sebelisoe. Sabole ena e leolitsoe ebile e bentšitsoe e le hore e fuoe ’molai.+
12 Mor’a motho, lla haholo+ kaha sena se tl’o etsahalla sechaba sa ka le likhosana tsohle tsa Iseraele.+ Kaofela ba tl’o bolaoa ka sabole. Kahoo, bontša hore u utloile bohloko.* 13 Ho entsoe tlhahlobo.+ Haeba sabole e hana lere la borena, lere la borena le ke ke la hlola le e-ba teng,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
14 Mor’a motho, profeta, u ope liatla u be u re ka makhetlo a mararo, ‘Sabole.’ Sabole e bolaileng batho ba bangata ka sehloho ke ena e ba potolohile.+ 15 Ba tla tšoha+ haholo ’me batho ba bangata ba tla shoella likeiting tsa motse. Ke tla ba bolaea ka sabole e benyang joaloka lehalima le e bentšelitsoeng hore e bolaee. 16 Sabole, bolaea ka lehlakoreng le letona le le letšehali ’me u ee hohle moo u shebileng. 17 Le ’na ke tla opa liatla, ke fane ka kotlo ’me ka mor’a moo ha ke sa tla halefa.+ Ke ’na Jehova ea buileng.”
18 Jehova a boela a re ho ’na: 19 “Mor’a motho, etsa litsela tse peli tseo sabole ea morena oa Babilona e tla tla ka tsona. Ka bobeli li tla tsoa naheng e le ’ngoe. Moo litsela tseo li arohanang teng u etse letšoao le bontšang hore na tsela ka ’ngoe e ea motseng ofe. 20 U tšoaee tsela bakeng sa sabole e tla hlasela motse oa Raba+ ea Baamone u be u tšoaee tsela eo e tla kena ka eona ha e hlasela motse o sireletsehileng oa Jerusalema e Juda.+ 21 Morena oa Babilona o ema moo litsela tse peli li kopanang teng e le hore a sebelise bonohe. O sisinya metsu. A buisane le litšoantšo tsa hae tse rapeloang* ebe o hlahloba sebete sa phoofolo. 22 Bonohe bo ka letsohong la hae le letona bo bontša hore o lokela ho ea Jerusalema, a behe libetsa tse lihang marako, a fane ka taelo ea hore batho ba bolaoe, ho etsoe molumo oa ntoa, ho behoe libetsa tse lihang marako keiting le hore ho hahoe lerako le thibellang motse ’me o hlaseloe.+ 23 Empa ho batho* ba entseng kano le eena, ho tla bonahala eka ke bonohe ba leshano.+ A ke ke a lebala phoso ea bona ’me o tla ba isa botlamuoeng.+
24 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Le entse hore molato oa lona o se ke oa lebaloa kaha libe tsa lona li bonoa linthong tsohle tseo le li etsang. Ka lebaka leo, le tla nkuoa ka nkane hobane le nkhopolitse molato oa lona.’
25 Empa uena khosana e khopo ea Iseraele e ntšitsoeng maqeba a mabe,+ letsatsi la hore u ahloloe le fihlile. 26 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Rola tuku le korone.+ Lintho li tla fetoha.+ Phahamisa ea tlase+ ’me u theole ea phahameng.+ 27 Ke tla felisa borena,* ke bo felise bo fele. Ha ho na motho ea tla fuoa borena ho fihlela motho ea nang le tokelo ea molao a fihla+ ’me ke mo fa bona.’+
28 Mor’a motho, ba profetele hore na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re’ng ka Baamone le ka lintho tse mpe tseo ba li buang ka eena. O re: ‘Sabole, sabole e bolaeang e ntšitsoe, e bentšitsoe e le hore e bolaee le hore e benye joaloka lehalima. 29 O bone boprofeta ba leshano le bonohe ba leshano. Ka lebaka leo, o tla lahleloa holim’a litopo tsa batho ba khopo bao letsatsi la bona la hore ba ahloloe le seng le fihlile. 30 Khutlisetsa sabole selateng sa eona. Ke tla u ahlolela naheng eo u hlahetseng ho eona e leng eo u tsoang ho eona. 31 Ke tla ntšetsa bohale ba ka ho uena e le hore bo o chese joaloka mollo. Ke tla fana ka uena ho banna ba sehloho, bao e leng litsebi tsa ho bolaea batho.+ 32 Ho tla besoa mollo ka uena,+ u tla bolaeloa naheng ebile u ke ke oa hlola u hopoloa, ke ’na Jehova ea buileng.’”
22 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Uena mor’a motho, na u itokiselitse ho phatlalatsa molaetsa oa kahlolo* motseng o nang le molato oa mali+ le ho o tsebisa lintho tsohle tse nyonyehang tseo o li etsang?+ 3 U re ho oona ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Uena motse o bolaeang batho+ le o itšilafatsang ka ho rapela litšoantšo tse nyonyehang,*+ nako ea hao ea hore u ahloloe ea tla.+ 4 Batho bao u ba bolaileng ba entse hore u be molato+ le litšoantšo tse nyonyehang tseo u li entseng li u silafalitse.+ U entse hore kahlolo ea hao e tle kapele. Ka lebaka leo, ke tla etsa hore lichaba tse ling li u nyatse u be u songoe linaheng tsohle.+ 5 Linaha tse haufi le tse hole le uena li tla u soma,+ uena motse o tummeng hampe le o tletseng pherekano. 6 Likhosana tsohle tsa Iseraele tse ho uena li sebelisa matla a tsona ho bolaea batho.+ 7 Ha li hlomphe batsoali ba tsona.+ Li sebetsa balichaba ka bolotsana ebile li sotla likhutsana* le bahlolohali.”+
8 Ha u hlomphe libaka tsa ka tse halalelang ebile u silafatsa le lisabatha tsa ka.+ 9 Ho uena ho na le baetselletsi ba batlang hore batho ba bolaoe.+ Batho ba ja mahlabelo lithabeng ebile ba tsoela pele ho etsa boitšoaro bo bobe.+ 10 Ba etsa thobalano le basali ba bo-ntate ba bona*+ ebile ba etsa thobalano le basali ba sa hloekang ba matsatsing.+ 11 Banna ba qobella basali ba baahisani ba bona+ hore ba etse thobalano le bona. Ba bang ba silafatsa lingoetsi tsa bona ka ho etsa thobalano le tsona+ ’me ba bang ba etsa thobalano le likhaitseli tsa bona e leng barali ba bo-ntate ba bona.+ 12 Batho ba fuoa tjotjo hore ba bolaee ba bang.+ Ba batla phaello kapa tsoala ha ba alima batho lintho+ ebile ba nkela baahisani ba bona chelete ka bolotsana.+ Jerusalema, u ntahlile,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
13 ‘Ke hloile tsela e bolotsana eo le fumanang lintho ka eona le kamoo le bolaeang batho kateng. 14 Na le tla lula le le sebete ebile le le matla letsatsing leo ke le ahlolang ka lona?+ ’Na Jehova ke buile ’me ke tla phethahatsa mantsoe a ka. 15 Ke tla hasanya baahi ba hao har’a lichaba, ke ba qhalakanye har’a linaha.+ Ke tla felisa ho se hloeke ha hao.+ 16 U tla tlotlolloa ka pel’a lichaba. U tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+
17 Jehova a boela a re ho ’na: 18 “Mor’a motho, Baiseraele ba fetohile ntho e se nang thuso ho ’na. Kaofela ha bona ba joaloka koporo, thini, tšepe le loto* ka har’a sebopi sa mollo. Ba fetohile silevera e se nang thuso.+
19 Ka lebaka leo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha kaofela ha lona le fetohile ntho e se nang thuso,+ ke le bokella ka har’a Jerusalema. 20 Feela joalokaha silevera, koporo, tšepe, loto le thini li bokelloa ka har’a sebopi sa mollo e le hore li che li be li qhibilihe, le lona ke tla le bokella ke halefile ’me ke le chese hore le be le qhibilihe.+ 21 Ke tla le bokella hammoho, ke le chese ka bohale ba ka+ ’me le tla qhibiliha ka har’a Jerusalema.+ 22 Feela joalokaha silevera e qhibilihisoa ka har’a sebopi sa mollo, le lona le tla qhibilihisoa ka har’a Jerusalema. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke ntšetsa bohale ba ka ho lona.’”
23 Jehova a boela a re ho ’na: 24 “Mor’a motho, e-re ho Jerusalema, ‘U naha e ke keng ea hloekisoa kapa ea neloa ke pula letsatsing la khalefo ea ka. 25 Baprofeta ba hao ba u reretse bolotsana+ joaloka tau e purumang, e harolang phoofolo eo e e tsomang.+ Ba bolaea batho. Ba nka matlotlo le lintho tsa bohlokoa. Ba entse hore basali ba bangata e be bahlolohali. 26 Baprista ba hao ba tlotse molao oa ka+ ebile ba silafatsa libaka tsa ka tse halalelang.+ Ha ba tsebe ho khetholla lintho tse halalelang ho lintho tse sa halaleleng.+ Ha ba rute batho hore na lintho tse hloekileng le tse sa hloekang+ ke life hape ha ba boloke lisabatha tsa ka. Ba ntšilafalitse. 27 Likhosana tsa hao li joaloka liphiri tse harolang phofu. Li bolaea batho e le hore li fumane lintho ka bolotsana.+ 28 Baprofeta ba hao ba koahetse liketso tsa bona tse mpe joalokaha eka ba li koahetse ka pente e tšoeu. Ba bona lipono tsa leshano ebile ba fana ka bonohe ba leshano+ ba re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o itse” empa Jehova a sa bua letho. 29 Baahi ba hao ba utsoetsa batho+ ebile ba sotla batho ba hlokang le ba futsanehileng. Ba etsetsa balichaba bolotsana ebile ha ba ba tšoare ka toka.
30 Ke ne ke batla motho ea tla lokisa lebota la motse kapa ea tla ema moo le petsohileng teng ho sireletsa naha e le hore e se ke ea felisoa.+ Empa ha kea fumana le ea mong. 31 Ka lebaka leo, ke tla ba halefela haholo ke be ke ba felise ka mollo oa khalefo ea ka. Ke tla etsa hore ba fumane litla-morao tsa liketso tsa bona,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
23 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, ho ne ho e-na le basali ba babeli bao e leng bana ba motho.+ 3 Ho tloha bocheng ba bona, e bile matekatse Egepeta.+ Matsoele a bona le lifuba tsa bona li ile tsa tšoaroa-tšoaroa moo e sa le baroetsana. 4 Lebitso la e moholo e ne e le Ohola,* la e monyenyane e le Oholiba.* Ke ile ka nyala basali bao ’me ba ba le bana. Ohola ke Samaria,+ Oholiba ke Jerusalema.
5 Ohola e ile ea e-ba letekatse+ e ntse e le mosali oa ka. O ne a e-na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le baahisani bao a neng a ratana le bona+ e leng Baasiria.+ 6 Kaofela ha bona e ne e le bahlankana ba batle, ba palamang lipere. Ba ne ba apara liaparo tse putsoa ebile e le matona le batlatsi ba babusi. 7 Ohola o ile a ’na a etsa botekatse le bara bohle ba batle ka ho fetisisa ba Asiria. A itšilafatsa+ ka ho rapela litšoantšo tse nyonyehang* tsa batho bao a nang le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le bona. 8 Ha aa ka a tlohela botekatse boo a neng a bo etsa Egepeta hobane ba ile ba etsa thobalano le eena ho tloha bocheng ba hae, ba mo tšoara-tšoara lifubeng e sa le moroetsana, ba khotsofatsa le takatso ea bona e feteletseng ea ho etsa thobalano* le eena.+ 9 Ka lebaka leo, ke ile ka fana ka eena ho bara ba Asiria+ bao a neng a ratana le bona ebile a e-na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le bona. 10 Ba ile ba mo hlobolisa,+ ba nka bara le barali ba hae+ eaba ba mo bolaea ka sabole. E ile ea e-ba mosali ea tummeng hampe ’me ba ile ba mo fa kotlo.
11 Ha ngoan’abo e leng Oholiba a bona lintho tsena, takatso ea hae e feteletseng ea ho etsa thobalano ea eketseha le ho feta ’me ea e-ba letekatse le fetang ausi oa hae Ohola.+ 12 O ile a ba le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le banna ba Asiria+ e leng baahisani ba hae. E ne e le matona le batlatsi ba babusi. Ba ne ba apara liaparo tse ntle ebile ba palama lipere. 13 Ha a itšilafatsa, ke ile ka bona hore ka bobeli ba etsa lintho ka tsela e tšoanang.+ 14 O ile a eketsa liketso tsa hae tsa botekatse. A bona litšoantšo tsa banna ba Bakalde tse betliloeng leboteng, tse pentiloeng ka bofubelu. 15 Ba ne ba tlamme mabanta mathekeng a bona ebile ba roetse lituku tse leketlileng. Kaofela ha bona ba ne ba shebahala joaloka masole le Bababilona ba hlahetseng naheng ea Bakalde. 16 Ha a li bona, o ile a qala ho ba le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le bona ’me a romela baromuoa ho bona naheng ea Kalde.+ 17 Banna ba Babilona ba ile ba ’na ba tla betheng ea hae ’me ba mo silafatsa ka ho khotsofatsa litakatso tsa bona tse feteletseng tsa ho etsa thobalano.* Ka mor’a hore ba mo silafatse, a tloha ho bona hobane ba ne ba nyonyeha ho eena.
18 Ha a ntse a etsa botekatse ba hae a sa hlajoe ke lihlong ebile a tsamaea a hlobola hohle,+ ke ile ka mo nyonya eaba kea mo lahla feela joalokaha ke ile ka etsa ka ausi oa hae.+ 19 A ’na a etsa botekatse,+ a hopola matsatsing a bocheng ba hae ha a ne a etsa botekatse naheng ea Egepeta.+ 20 O ile a ba le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le bona joaloka basali ba lirethe bao banna ba bona ba nang le litho tsa botona tse joaloka tsa tonki le tsa pere. 21 U ile oa lakatsa ho etsa boitšoaro bo bobe ho tloha ha u sa le mocha Egepeta,+ ha ba ne ba u tšoara-tšoara sefubeng le matsoeleng.+
22 Oholiba, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho uena: ‘Ke susumeletsa batho bao u neng u ratana le bona,+ bao u ileng oa ba lahla hobane u ba nyonya hore ba u hlasele ba tsoa mahlakoreng ’ohle+ 23 e leng Bababilona,+ Bakalde bohle,+ banna ba Pekode,+ Shooa, Kooa hammoho le bara bohle ba Asiria. Kaofela ke bahlankana ba batle ebile ba khethiloe* ka hloko, ke matona, batlatsi ba babusi le masole. Kaofela ha bona ba palama lipere. 24 Ba tla u hlasela ka likariki tse ngata tsa ntoa le lihlopha tse ngata tsa masole a nkileng lithebe tse kholo le tse nyenyane* a bile a roetse le lihelmete. Ba tla u pota-pota ’me ke tla re ba u ahlole kamoo ba batlang kateng.+ 25 Ke tla u bontša hore ke halefile ’me le bona ba tla u loantša ba halefile. Ba tla u khaola nko le litsebe ebile batho ba hao ba tla phonyoha ba tla bolaoa ka sabole. Ba tla nka bana ba hao ’me ba tla phonyoha ba tla bolaoa ka mollo.+ 26 Ba tla u hlobolisa liaparo+ ba be ba nke mabenyane* a hao a matle.+ 27 Ke tla felisa boitšoaro ba hao bo bobe le botekatse ba hao+ boo u bo qalileng Egepeta.+ U ke ke oa hlola u ba sheba ebile u ke ke oa hlola u hopola Egepeta.’
28 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke nehelana ka uena ho batho bao u ba hloileng, bao u ileng oa ba lahla hobane u ba nyonya.+ 29 Ba tla u loantša hobane ba u hloile, ba nke lintho tsohle tseo u li sebelelitseng ka thata+ ba be ba u siee u hlobotse. Liketso tsa hao tse hlabisang lihlong tsa ha u ne u etsa boitšoaro bo bobe le botekatse li tla senoloa.+ 30 Lintho tsena li tla etsoa ho uena hobane u ile oa lelekisa lichaba joaloka letekatse+ hape oa itšilafatsa ka ho rapela litšoantšo tsa bona tse nyonyehang.+ 31 U entse lintho tse tšoanang le tseo ausi oa hao a li entseng.+ Ke tla u fa kopi ea hae.’*+
32 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘U tla noa ka kopi e kholo le e sephara ea ausi oa hao.+
Batho ba tla u tšeha ba be ba u some, e leng tsona lintho tse tletseng ka koping ea hao.+
33 U tla noa se ka koping ea ausi oa hao Samaria u be u se qete,
U tla tahoa u be u utloe bohloko haholo.
Batho ba tla u makalla ’me u tla lula u saretsoe.
34 U tla noa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka har’a kopi eo e entsoeng ka letsopa ho fihlela e se na letho,+
Kopi eo e tla pshatleha ’me u tla ja maqhetsoana a eona u be u ikhaole matsoele.
“Ke ’na ea buileng,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.’
35 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha u ntebetse ebile ha u sa ntsotella ho hang,+ u tla utloa litla-morao tse bohloko tsa boitšoaro ba hao bo bobe le liketso tsa hao tsa botekatse.’”
36 Jehova a re ho ’na: “Mor’a motho, ke batla hore u tsebise Ohola le Oholiba+ kahlolo ea bona ka lebaka la lintho tse nyonyehang tseo ba li etsang. 37 Ba febile+ ebile ba bolaile batho. Ha baa etsa bofebe* ka hore feela ba rapele melimo ea bona ea litšoantšo e nyonyehang empa ba ile ba boela ba etsetsa melimo ea bona lijo ka hore ba chese bara bao ba ntsoaletseng bona.+ 38 Ebile letsatsing lona leo, ba ile ba silafatsa sehalalelo sa ka le lisabatha tsa ka. 39 Ka mor’a hore ba bolaee bana ba bona e le hore ba etsetse melimo ea bona mahlabelo,+ letsatsing lona leo, ba ile ba ea sehalalelong sa ka ’me ba se silafatsa.+ Ba ne ba etsa lintho tseo ka har’a tempele ea ka. 40 Ba boela ba roma moromuoa hore a late banna ba tsoang hole.+ Ha ba le tseleng, u ile oa hlapa, oa itokisa sefahleho oa ba oa ikhabisa ka mekhabiso.+ 41 U ile oa lula setulong sa maemo+ seo ho neng ho behiloe tafole ka pel’a sona+ eaba u beha libano+ le oli ea ka holim’a eona.+ 42 Ho ne ho utloahala lerata la banna ba bangata ba sa tsotelleng letho. Har’a bona, ho ne ho e-na le matahoa a latiloeng naheng. Ba ile ba roesa basali lifaha matsohong le likorone tse ntle lihloohong.
43 Ke ile ka re ka mosali eo ea neng a felile ke ho etsa bofebe, ‘O ntse a tla tsoela pele ka botekatse ba hae.’ 44 Ba ile ba ’na ba ea ho eena feela joalokaha motho a ea ho letekatse. Ke ka tsela eo ba ileng ba ’na ba ea ho basali bana ba itšoereng hampe e leng Ohola le Oholiba. 45 Empa banna ba lokileng ba tla mo fa kahlolo e mo loketseng ka lebaka la ho bolaea batho+ le ho feba.+ Ke bafebi ebile ba bolaile batho.+
46 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ho tla romeloa masole hore a tl’o ba hlasela, a ba etse lintho tse tšosang ’me ba nkeloe lintho tsa bona.+ 47 Masole ao a tla ba tlepetsa ka majoe+ a be a ba bolaee ka lisabole. A tla bolaea bana ba bona,+ a chese le matlo a bona.+ 48 Ke tla felisa boitšoaro ba bona bo bobe naheng. Basali bohle ba tla ithuta thuto ea bohlokoa ho bona ’me ba ke ke ba ba etsisa.+ 49 Ba tla u tlisetsa litla-morao tse bohloko ka lebaka la liketso tsa hao tse mpe le ka lebaka la libe tseo u ileng oa li etsa ka ho rapela litšoantšo tse nyonyehang. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.’”+
24 Jehova a bua le ’na hape ka letsatsi la leshome la khoeli ea leshome, ka selemo sa borobong a re: 2 “Mor’a motho, ngola letsatsi lena* fatše. Morena oa Babilona o qalile ho hlasela Jerusalema ka lona letsatsi lena.+ 3 Bolella batho bana ba marabele maele* ana a buang ka bona,
U re Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Beha pitsa* mollong, u tšele metsi ka har’a eona.+
4 U tšele maqa a matenya a nama ka har’a eona,+
Serope le sephaka, u tšele le masapo a mangata a matle.
5 U khethe linku tse ntle+ ebe u kenya patsi e tenya ka tlas’a pitsa ho e potoloha.
U phehe maqa ao le masapo ka pitseng eo.’
6 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Ho malimabe motse o bolaeang batho,+ o joaloka pitsa e sa tlosoang mafome.
U ntše maqa a ka ho eona ka bonngoe,+ u se ke oa sebelisa lotho ho khetha hore na u ntša lefe.
7 Mali a batho ba bolailoeng motseng oo+ a qhalletsoe holim’a lefika moo motho e mong le e mong a ka a bonang.
Ha aa ka a qhalloa fatše e le hore a koaheloe ka mobu.+
8 Ke behile mali a batho bao motse oo o ba bolaileng holim’a lefika le benyang,
Moo motho e mong le e mong a ka a bonang
E le hore ke halefe le ho feta, ke khone ho iphetetsa.’+
9 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Ho malimabe motse o bolaileng batho.+
Ke tla o behela qubu ea patsi.
10 Eketsa patsi e tenya e le hore mollo o ’ne o tuke.
U phehe nama hore e tsoe masapong ebe u qhala moro oa eona.
11 U behe pitsa e sa tšelang letho holim’a mashala
E le hore e chese e be khubelu.
Litšila tsa eona li qhibilihe+ le mafome a eona a che.
E lahlele mollong e ntse e le mafome joalo.
13 Jerusalema, boitšoaro ba hao bo bobe bo entse hore u se ke oa hloeka.+ Ke lekile ho u hloekisa empa u ne u sa batle. U tla lula u sa hloeka ho fihlela bohale ba ka bo kokobela.+ 14 ’Na Jehova ke buile. Ntho ena e tla etsahala. Nke ke ka u utloela bohloko kapa ka u hauhela.+ U tla ahloloa ho ea ka boitšoaro ba hao le liketso tsa hao,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
15 Jehova a boela a bua le ’na a re: 16 “Mor’a motho, ke tla bolaea mosali oa hao ka ho panya ha leihlo.+ U se ke oa mo utloela bohloko kapa oa mo llela. 17 U llele ka hare ’me u se ke oa etsa meetlo e etsoang ha batho ba shoele.+ U roale tuku+ le lieta.*+ U se ke oa koahela litelu tsa hao tse ka holim’a molomo+ hape u se ke oa ja lijo* tseo batho ba u tlisetsang tsona.”+
18 Ke ile ka bua le sechaba hoseng eaba mantsiboea mosali oa ka oa hlokahala. Letsatsi le hlahlamang hoseng, ka etsa seo ke neng ke se laetsoe. 19 Sechaba se ile sa re ho ’na: “Re bolelle hore na rona re kena kae linthong tsena tseo u li etsang.” 20 Ka se bolella hore Jehova o buile le ’na a re: 21 “Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke haufi le ho silafatsa sehalalelo sa ka,+ seo le ikotlang sefuba ka sona le seo le se ratang ka lipelo tsohle tsa lona. Bana ba lona bao le ba siileng ba tla bolaoa ka sabole.+ 22 Le tla lokela ho etsa feela joalokaha ke entse. Le ke ke la koahela litelu tsa lona tse ka holim’a molomo hape le ke ke la ja lijo tseo le li tlisetsoang ke batho.+ 23 Le tla roala lituku le lieta.* Le ke ke la ba utloela bohloko kapa la ba llela. Ho e-na le hoo, libe tsa lona li tla le tšoenya+ ’me le tla bolellana kamoo le utloileng bohloko kateng. 24 Ezekiele ke letšoao la lona.+ Le tla etsa seo a se entseng. Ha lintho tsena li etsahala le tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.’
25 Mor’a motho, letsatsing leo ke nkang bara le barali ba bona hammoho le sebaka sa bona se sireletsehileng le se setle, seo ba thabelang ho ba ho sona le seo ba se ratang ka lipelo tsohle tsa bona,+ 26 motho ea phonyohileng o tla tla a tl’o u bolella se etsahetseng.+ 27 Letsatsing leo, u tla khona ho bua hape+ ’me u tla bua le motho eo ea phonyohileng. U tla ba letšoao ho bona ebile ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”
25 Jehova a boela a re ho ’na: 2 “Mor’a motho, phatlalatsa molaetsa oa kahlolo ho Baamone.+ 3 U re Baamone ba mamele lentsoe la Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha le ile la tšeha ha sehalalelo sa ka se silafatsoa, ha naha ea Iseraele e felisoa le ha Bajuda ba isoa botlamuoeng, 4 ke nehelana ka lona ho batho ba ka bochabela hore ba le hape. Ba tla haha marako, ba hlome le litente tsa bona har’a lona. Ba tla ja lijo tseo le li lemang, ba noe le lebese la lona. 5 Ke tla etsa hore Raba+ e be sebaka seo likamele li fulang ho sona le naha ea Baamone hore e be sebaka seo liphoofolo li phomolang ho sona. Le tla tseba hore ke ’na Jehova.’
6 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha u ile oa opa liatla,+ oa tapa-tapa oa ba oa thaba le ho soma Baiseraele ha u bona se ba etsahalletseng,+ 7 ke tla etsa hore lichaba tse ling li u hlasele li be li u hape. Ke tla u felisa har’a lichaba le linaheng tse ling.+ Kannete ke tla u felisa ’me u tla tseba hore ke ’na Jehova.’
8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha naha ea Moabe+ le ea Seire+ li itse: “Bajuda ba tšoana le lichaba tse ling tsohle,” 9 ke tla etsa hore metse e moeling oa Moabe e hlaseloe ho akareletsa le metse ea eona e metle ka ho fetisisa e leng Bethe-jeshimothe, Baale-meone le Kiriathaime.+ 10 Ke tla nehelana ka Baamone le Bamoabe e le hore batho ba ka bochabela+ ba ba hape. Baamone ba ke ke ba hlola ba hopoloa har’a lichaba.+ 11 Ke tla ahlola Bamoabe+ ’me ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’
12 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baedomo ba molato hobane ba iphetelitse ho Bajuda.+ 13 Ka lebaka leo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla ahlola Baedomo ka hore ke felise naha ea bona, liphoofolo le batho.+ Ba tla bolaoa ka sabole ho tloha Temane ho ea Dedane.+ 14 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla iphetetsa ho Baedomo ke sebelisa sechaba sa ka sa Iseraele.+ Ke tla sebelisa sona ha ke ntšetsa bohale ba ka ho Baedomo e le hore ba utloe ha ke iphetetsa.’+
15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha Bafilista ba hloile Baiseraele haholo, ba ikemiselitse ho iphetetsa ho bona ka sehloho le ho ba felisa.+ 16 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla ahlola Bafilista,+ ke bolaee Bakerethe+ le batho bohle ba setseng ba lulang lebopong la leoatle.+ 17 Ke tla ba halefela ’me ke iphetetse ka ho ba fa kotlo. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke iphetetsa.”’”
26 Ka letsatsi la pele la khoeli, ka selemo sa bo11, Jehova a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, Tire e ile ea re ka Jerusalema,+ ‘Eke! Keiti ea lichaba e robehile.+ Lintho tsohle e tla ba tsa ka ’me ke tla ba morui hobane e felisitsoe.’ 3 Ka lebaka leo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Uena Tire, ke tla u ahlola ke etse hore lichaba tse ngata li u loantše feela joalokaha leoatle le nyolla maqhubu a lona. 4 Li tla liha mabota le litora tsa hao.+ Ke tla tlosa mobu o ho uena, u be joaloka lefika le benyang. 5 U tla fetoha sebaka seo ho aneheloang matlooa ho sona har’a leoatle.’+
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke boletse hore Tire e tla hapuoa ke lichaba tse ling. 6 Batho ba lulang metseng ea eona e ka thoko ba tla bolaoa ka sabole ebile sechaba se tla tseba hore ke ’na Jehova.’
7 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke romela Morena Nebukadnezare* oa Babilona hore a hlasele Tire ho tloha ka leboea.+ Ke morena oa marena+ ea nang le lipere,+ likariki tsa ntoa,+ banna ba palamang lipere le masole a mangata.* 8 O tla felisa metse ea hao e ka thoko ka sabole, a hahe lerako le qubu tse thibellang a be a hahe lebota le sireletsang ka lithebe tse kholo. 9 O tla liha marako a hao ka libetsa tse lihang marako,* a lihe litora tsa hao ka lilepe.* 10 Lipere tsa hae li tla ba ngata hoo li tla koahela motse oohle oa hao ka lerole. Molumo oa banna ba palameng lipere le oa mabili a likariki tsa ntoa o tla etsa hore mabota a hao a thothomele ha morena eo a kena likeiting tsa hao. Ho tla ba joalokaha banna ba kena motseng oo marako a oona a oeleng. 11 Litlhako tsa lipere tsa hae li tla hatakela literata tsohle tsa hao,+ a bolaee sechaba sa hao ka sabole le lipilara tsa hao tse kholo li tla pshatleha. 12 Ba tla utsoa maruo a hao le lintho tsa hao tse rekisoang,+ ba lihe mabota a hao le matlo a hao a matle. Ba tla lahlela majoe a hao, lintho tsa hao tse entsoeng ka patsi le mobu oa hao ka metsing.
13 Ke tla felisa molumo oa lipina tsa hao le liharepa tsa hao li ke ke tsa hlola li utluoa.+ 14 Ke tla u etsa lefika le benyang le sebaka seo ho anehoang matlooa ho sona.+ U ke ke oa hlola u hahoa hape hobane ke ’na Jehova ea buileng,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho Tire: ‘Na lihlekehleke li ke ke tsa thothomela ha li utloa u lihuoa, li utloa ha batho ba makhatheng a lefu* ba lla le batho ba bolaoa motseng oa hao?+ 16 Likhosana tsohle tsa leoatle li tla theoha literoneng tsa tsona, li hlobole liaparo tsa tsona tse telele,* li tabole liaparo tsa tsona tse khabisitsoeng ’me li thothomele ke tšabo. Li tla lula fatše li thothomela li sa khaotse ebile li u makaletse.+ 17 Li tla u binela koli-ea-malla*+ li re:
“Ho felile ka uena,+ uena ea neng a hahile maoatleng, uena motse o neng o rorisoa.
Uena le baahi ba hao le ne le le matla leoatleng,+
Le tšosa batho bohle lefatšeng.
18 Lihlekehleke li tla thothomela letsatsing leo u felisoang ka lona.
Lihlekehleke tsa leoatle li tla tšoha ha u se u le sieo.”’+
19 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke u felisa joaloka metse e se nang baahi ke bile ke etsa hore maqhubu a leoatle a matla a u koahele a be a u khame,+ 20 le uena ke tla u theolela lebitleng* joalokaha ke theolela ba bang, moo baholo-holo ba hao ba leng teng. Ke tla etsa hore uena le bao ke tla ba theolela lebitleng,+ le lule sebakeng se ka tlase ka ho fetisisa se tšoanang le libaka tsa khale tse felisitsoeng e le hore u se ke oa hlola u ba le baahi. Ka mor’a moo, ke tla hlohonolofatsa* lefatše.’
21 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke tla u felisa ka ho panya ha leihlo ’me u ke ke oa hlola u e-ba teng.+ Ba tla u batla empa ba ke ke ba u fumana.’”
27 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Uena mor’a motho, binela Tire koli-ea-malla.*+ 3 U re ho Tire:
‘Uena ea lulang likeiting tsa leoatle,
Rakhoebo ea rekisetsang batho ba lulang lihlekehlekeng tse ngata,
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
“Uena Tire, u ipoleletse hore u motle haholo.”+
4 Meeli ea hao e har’a leoatle,
Lihahi tsa hao li u entse hore u be motle haholo.
5 Li entse mapolanka a hao kaofela ka lifate tsa junipere tse tsoang Senire,+
Li u etselitse le palo e tšehetsang ka lifate tsa kedare tse tsoang Lebanone.
6 Li u etselitse masokoana a sekepe ka lifate tsa ouku tse tsoang Bashane.
Nko ea sekepe sa hao e ne e entsoe ka lepolanka la kiprese le tsoang lihlekehlekeng tsa Kitime+ le khabisitsoeng ka lenaka la tlou.
7 Seile ea sekepe sa hao e entsoe ka lesela la line le mebala-bala le tsoang Egepeta,
Lesela le koahelang sekepe ka holimo lona le entsoe ka khareng e putsoa le ulu e pherese, tse tsoang lihlekehlekeng tsa Elisha.+
8 Baahi ba Sidone le ba Arvade+ e ne e le bona ba sokang sekepe sa hao.
Uena Tire, bahlanka ba hao ba nang le bokhoni ba ho sesisa likepe e ne e le bona basesisi ba hao.+
9 Banna ba nang le bokhoni le ba nang le boiphihlelo* ba tsoang Gebale+ ba ne ba koala masoba sekepeng sa hao e le hore metsi a se ke a kena.+
Bakhanni ba likepe tsohle tsa leoatle, ba ne ba tla ho uena ho tla etsa khoebo le uena.
10 Banna ba Persia, Lude le Pute+ e ne e le masole a hao.
Ba ne ba haka lithebe le lihelmete tsa bona maboteng a hao ebile ba etsa hore u be matla u be u tume.
11 Banna ba Arvade bao e neng e le masole a hao, ba ne ba ema ho potoloha marako a hao,
Banna ba sebete ba ne ba ema litoreng tsa hao.
Ba ne ba haka lithebe tsa bona tse selika-likoe ho potoloha mabota ’ohle a hao,
Ba etsa hore u be motle le ho feta.
12 Tarshishe+ e ne e etsa khoebo le uena hobane u ruile haholo.+ E ne e reka lintho ho uena ka silevera, tšepe, thini le loto.+ 13 Batho ba Javane, Tubale+ le Mesheke+ ba ne ba etsa khoebo le uena. Ba ne ba u patala ka makhoba+ le lintho tsa koporo e le hore u ba fe lintho tse rekisoang. 14 Leloko la Togarma+ le ne le reka lintho tseo u li rekisang ka lipere le limmoulo. 15 Batho ba tsoang Dedane+ ba ne ba etsa khoebo le uena. Lihlekehlekeng tse ngata u ne u hira bo-rakhoebo. Ba ne ba u fa manaka a tlou+ le mapolanka a sefate se setšo e le lekhetho.* 16 Baedomo ba ne ba etsa khoebo le uena hobane u e-na le lintho tse ngata. Ba ne ba li reka ka majoe a thekoise, ulu e pherese, masela a mebala-bala a khabisitsoeng le a boleng bo botle, likorale le majoe a rubi.
17 Naha ea Juda le ea Iseraele li ne li etsa khoebo le uena. Li ne li reka lintho tseo u li rekisang+ ka koro e tsoang Minithe,+ lijo tse monate, mahe a linotši,+ oli le balsame.+
18 Batho ba Damaseka+ ba ne ba etsa khoebo le uena hobane u ne u ruile haholo ebile u rekisa lintho tse ngata. Ba ne ba u patala ka veine ea Helbone le ulu e tsoang Zahari.* 19 Batho ba Vedane le ba Javane e leng metse e haufi le Uzale, ba ne ba reka lintho tseo u li rekisang ka lintho tsa tšepe, kasia* le lehlaka.* 20 Batho ba Dedane+ ba ne ba etsa khoebo le uena ka hore ba u fe masela a sebelisoang ha ho palangoa lipere. 21 U ile oa hira likhosana tsohle tsa Kedare+ le Maarabia. Ba ne ba rekisa likonyana, liramo le lipoli.+ 22 Bo-rakhoebo ba Sheba le ba Rama+ ba ne ba etsa khoebo le uena, ba reka lintho tseo u li rekisang+ ka litlolo tsa mefuta eohle tse nkhang hamonate, majoe a bohlokoa le khauta. 23 Batho ba Harane,+ Kane le Edene+ hammoho le bo-rakhoebo ba Sheba,+ Asshure+ le Kilmade ba ne ba etsa khoebo le uena. 24 Limmarakeng tsa hao, ba ne ba rekisa liaparo tse ntle, liaparo tsa ka holimo tse entsoeng ka lesela le leputsoa le le mebala-bala le khabisitsoeng le limmete tse mebala-bala. Kaofela li ne li fasitsoe hantle ka liropo.
25 Likepe tsa Tarshishe+ li ne li tsamaisa lintho tseo u li rekisang.
Kahoo, u ile oa tlala ’me oa ba morui har’a leoatle.
26 Batho ba sokang sekepe sa hao ba u tlisitse leoatleng moo ho nang le metsi a mangata.
Moea o hlahang ka bochabela o entse hore u soahlamane har’a leoatle.
27 Maruo a hao, lintho tseo u li rekisang, batho ba u sokelang likepe le ba li sesisang,
Batho ba koalang masoba a sekepe sa hao, ba rekisang lintho tsa hao+ le banna bohle* ba ntoa+
E leng batho bohle ba nang le uena,
Kaofela ha bona ba tla teba bohareng ba leoatle letsatsing leo u oang ka lona.+
28 Ha basesisi ba likepe tsa hao ba hoeletsa ho kopa thuso, libaka tse lebopong la leoatle li tla thothomela.
29 Banna bohle ba sokang likepe tsa hao le ba sebetsang ho tsona
Ba tla li theoha ’me ba eme fatše.
30 Ba tla hoeletsa ’me ba u llele habohloko,+
Ba ntse ba itšela ka mobu hloohong ebile ba ipitika moloreng.
31 Ba tla kuta moriri oa bona kaofela ’me ba apare lesela le hoashang.*
Ba tla u llela habohloko.
32 Ba tla u binela koli-ea-malla ba ntse ba lla ba re:
‘Ke mang ea tšoanang le Tire ea felisitsoeng* bohareng ba leoatle?+
33 Ha thepa ea hao e tsoang leoatleng e fihla, u ne u khotsofatsa lichaba tse ngata.+
Maruo a hao a mangata le lintho tseo u neng u li rekisa li ne li ruisa marena a lefatše.+
34 Hona joale uena le batho ba u sebeletsang hammoho le lintho tsohle tseo u li rekisang,
35 Baahi bohle ba lulang lihlekehlekeng ba tla u makalla,+
Marena a bona a tla tšoha haholo+ le lifahleho tsa ’ona li tla bontša hore a tšohile.
36 Bo-rakhoebo ba har’a lichaba ba tla letsa mololi ha ba utloa se u etsahalletseng.
U tla felisoa ka sehloho ka ho panya ha leihlo
Ebile u ke ke oa hlola u e-ba teng.’”+
28 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, bolella moeta-pele oa Tire hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Boikhohomoso ba hao+ bo etsa hore u ’ne u re, “Ke molimo.
Ke lula teroneng ea molimo bohareng ba leoatle.”+
Empa ha u molimo, u motho
Le hoja ka pelong ea hao u inka u le molimo.
4 U bile morui ka lebaka la temoho le bohlale ba hao
Hape u ntse u ipokellela khauta le silevera matlotlong a hao.+
5 Bokhoni ba hao ba ho etsa khoebo bo entse hore u rue haholo,+
U ne u ikhohomosa hobane u le morui.’”
6 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
“Kaha u nahana hore u molimo,
7 Ke tla etsa hore balichaba ba tsoang lichabeng tse sehloho ka ho fetisisa ba u hlasele,+
Ba tla sebelisa lisabole ba senye lintho tsohle tseo u li fumaneng ka lebaka la bohlale ba hao
Ba be ba senye botle ba hao.+
9 Na u tla ’ne u re, ‘Ke molimo’ ho motho ea u bolaeang?
Ho batho ba u silafatsang, u tla ba motho feela eseng molimo.”
10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Balichaba ba tla u bolaea joaloka motho ea sa bollang,
Ke ’na ea chong joalo.”
11 Jehova a bua le ’na hape a re: 12 “Mor’a motho, binela morena oa Tire koli-ea-malla* u re: ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
13 U ne u le Edene serapeng sa Molimo.
U ne u khabisitsoe ka majoe ’ohle a bohlokoa
E leng rubi, topaze, jaspere, krisolite, onikse, jade, safire, thekoise+ le emeralde.
Majoe ao a ne a lutse har’a khauta.
Ke a entse ka letsatsi leo u bopiloeng ka lona.
14 Ke u khethile ka ba ka u tlotsa hore u be kerubime e sireletsang.
U ne u le thabeng e halalelang ea Molimo+ ebile u tsamaea holim’a majoe a tukang.
15 Ho tloha letsatsing leo u bopiloeng ka lona u ne u se na molato,
Ho fihlela u qala ho etsa lintho tse sa lokang.+
Ka lebaka leo, ke tla u tlosa thabeng ea Molimo ke be ke u felise joaloka ntho e litšila,+
Ke u tlose le majoeng a tukang, uena lengeloi le sireletsang.
17 U ile oa ikhohomosa hobane u le motle.+
Khanya ea hao e sentse le bohlale boo u neng u e-na le bona.+
Ke tla u lahlela lefatšeng.+
Ke u etse sebonoang ka pel’a marena.
18 U silafalitse libaka tsa hao tse halalelang ka liphoso tsa hao tse ngata le ka ho etsa likhoebo tse sa tšepahaleng.
Ke tla romela mollo ho uena hore o u chese,+
Ke u etse molora lefatšeng ka pel’a batho bohle ba u bonang.
19 Batho bohle ba u tsebang ba tla u makalla.+
U tla felisoa ka sehloho ka ho panya ha leihlo
Ebile u ke ke oa hlola u e-ba teng.”’”+
20 Jehova a bua le ’na hape a re: 21 “Mor’a motho, profetela Sidone+ molaetsa oa kahlolo. 22 U mo bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Ke tla u ahlola uena Sidone ke be ke halaletsoe ka lebaka la seo ke tla u etsa sona.
Batho ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke u ahlola ebile ke halaletsoa ka lebaka la hao.
23 Ke tla u tlisetsa mafu a bolaeang, literata tsa hao li tla tlala mali.
Ke tla bolaea batho ba bangata motseng oa hao ka sabole e tsoang mahlakoreng ’ohle.
Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.+
24 Baiseraele ha ba sa tla hlola ba songoa ke lichaba tse ba potolohileng, tse ba utloisang bohloko ka meutloa e kang lihlabahlabane.+ Batho ba tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.
25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla halaletsoa har’a Baiseraele ka pel’a lichaba+ ha ke ba bokella hape ho tsoa lichabeng tseo ba neng ba hasantsoe ho tsona.+ Ba tla lula naheng ea bona+ eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo.+ 26 Ba tla lula ba sireletsehile ho eona,+ ba hahe matlo ba be ba leme lirapa tsa morara.+ Ba tla phela ka khotso ha ke ahlola lichaba tse ba potolohileng tse ba somang.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona.”’”
29 Jehova a bua le ’na ka letsatsi la bo12, khoeling ea leshome ka selemo sa leshome a re: 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo ho Faro morena oa Egepeta le ho Baegepeta bohle.+ 3 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Ke tla u loantša uena Faro morena oa Egepeta,+
Uena phoofolo e kholohali ea leoatle e lulang linokaneng* tsa Nile,*+
Uena ea itseng, ‘Noka ea Nile ke ea ka.
Ke iketselitse eona.’+
4 Ke tla kenya lihakisi mehlahareng ea hao ke be ke etse hore litlhapi tsa noka ea hao ea Nile li itšoarelle makhakhapheng a letlalo la hao.
Ke tla u ntša ka har’a Noka ea Nile hammoho le litlhapi tsohle tsa eona tse itšoarelletseng ho uena.
5 Ke tla u lahlela lehoatateng le litlhapi tsohle tsa hao tsa Noka ea Nile,
Ke u lahlele har’a naha ’me ha ho na motho ea tla u phutha kapa ea tla u bokella.+
Ke tla etsa hore u be lijo tsa libata le linonyana.+
6 Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova
Hobane ba ne ba tšoana le lehlaka le sa tieang ho Baiseraele.+
7 Ha ba u tšoara ka letsoho u ne u oa,
U etsa hore ba lemale mahetla.
8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla etsa hore lira tsa hao li bolaee+ liphoofolo tsa hao le sechaba sa hao ka sabole. 9 Naha ea Egepeta e tla felisoa+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova kaha u itse,* ‘Noka ea Nile ke ea ka. Ke ’na ea e entseng.’+ 10 Ka lebaka leo, ke loantša uena le noka ea hao ea Nile ebile ke tla etsa hore naha ea Egepeta e be e omeletseng le e se nang letho+ ho tloha Migdole+ ho ea Siene+ le ho ea fihla moeling oa Ethiopia. 11 Ha ho na motho kapa phoofolo e tla feta moo+ ebile e ke ke ea e-ba le baahi ka lilemo tse 40. 12 Ke tla etsa hore ho se ke ha e-ba le letho naheng ea Egepeta le metse ea eona e se ke ea e-ba le baahi ka lilemo tse 40.+ Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke be ke ba qhalakanye har’a linaha.”+
13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ka mor’a lilemo tse 40, ke tla bokella Baegepeta ho tsoa moo ke ba hasantseng teng.+ 14 Ke tla khutlisetsa batlamuoa ba Baegepeta naheng ea Pathrose+ eo ba tsoang ho eona ’me ’muso oa bona o ke ke oa e-ba matla. 15 Egepeta e tla ba ’muso o tlase ho feta mebuso e meng eohle ebile e ke ke ea hlola e hatella lichaba tse ling.+ Ke tla etsa hore e be sechaba se senyenyane se ke keng sa khona ho hlola lichaba tse ling.+ 16 Baiseraele ba ke ke ba hlola ba tšepa Egepeta.+ Ho e-na le hoo, e tla ba hopotsa hore ba entse phoso ka ho kopa thuso ho eona. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.”
17 Jehova a bua le ’na ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, ka selemo sa bo27 a re: 18 “Mor’a motho, Morena Nebukadnezare*+ oa Babilona o ile a loantša Tire+ ka masole a hae a matla. A ile a loana ka matla hoo a ileng a ba lefatla le mahetla a ’ona a phumoha. Empa eena le masole a hae ha baa ka ba patalloa mosebetsi o boima oo ba o entseng Tire.
19 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke fa Morena Nebukadnezare* oa Babilona+ naha ea Egepeta. O tla nka maruo ’ohle a eona e be o patala masole a hae.’
20 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla mo patala ka naha ea Egepeta hobane o ile a ntoantšetsa Tire.’+
21 Letsatsing leo, ke tla hlahisetsa Baiseraele lenaka*+ ’me ke u fe monyetla oa hore u bue le bona. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”
30 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, profeta u re Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Llang le hoeletse le re “Letsatsi lea tla!”
3 Letsatsi la Jehova le atametse, le haufi.+
Letsatsing leo, ho tla ba le maru a matšo,+ e tla be e le nako ea hore lichaba li ahloloe.*+
4 Baegepeta ba tla bolaoa ka sabole ’me Baethiopia ba tla tšoha haholo ha ba bona Baegepeta ba bolaoa.
Maruo a eona a tla nkoa ebe e felisoa hammoho le motheo oa eona.+
5 Ethiopia,+ Pute,+ Lude le batho ba lichaba tse ling*
Ba tla bolaoa ka sabole
Hammoho le Kube le batho ba naha ea selekane.’”
6 Jehova o re:
‘Batho ba tšehetsang Egepeta le bona ba tla bolaoa,
Ha e sa tla hlola e ikhohomosa ka lebaka la matla a eona hobane a tla felisoa.’+
‘Baahi ba eona ba tla bolaoa ka sabole ho tloha Migdole+ ho ea fihla Siene,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 7 E tla ba naha e se nang letho ebile metse ea eona e ke ke ea e-ba le baahi.+ 8 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke chesa Egepeta ebile ke felisa bohle ba e tšehetsang. 9 Ka letsatsi leo, ke tla roma baromuoa ka likepe hore ba tšose Baethiopia ba itšepileng ho feta tekano. Ba tla tšoha haholo ha letsatsi la hore Egepeta e ahloloe le fihla hobane joang kapa joang le tla fihla.’
10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla etsa hore Morena Nebukadnezare* oa Babilona+ a bolaee mabotho a Egepeta. 11 Nebukadnezare le masole a hae a sehloho ka ho fetisisa+ ba tla felisa naha. Ba bolaee Baegepeta ka lisabole ’me naha e tlale litopo.+ 12 Ke tla etsa hore linokana* tsa Nile+ li omelle ke be ke rekisetse batho ba khopo naha. Ke tla etsa hore balichaba ba nke ntho e ’ngoe le e ’ngoe e naheng eo, e sale e se na letho.+ ’Na Jehova ke buile.’
13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla boela ke felise le litšoantšo tse rapeloang tse nyonyehang* le melimo e se nang thuso ea Nofe.*+ Ho ke ke ha hlola ho e-ba le khosana naheng ea Egepeta ebile ke tla etsa hore naha eo e tšohe.+ 14 Ke tla felisa motse oa Pathrose,+ ke chese motse oa Zooane ke be ke ahlole motse oa No.*+ 15 Ke tla halefela motse oa Sine e leng motse o sireletsehileng oa Egepeta ke be ke felise baahi ba motse oa No. 16 Ke tla chesa Egepeta. Ke tla tšosa motse oa Sine ’me motse oa No* o tla hapuoa le oa Nofe* o hlaseloe motšehare. 17 Bahlankana ba motse oa One* le oa Pibesethe ba tla bolaoa ka sabole le batho ba metse eo ba isoe botlamuoeng. 18 Letsatsi le tla fifala Takpanese ha ke roba lijoko tsa Egepeta moo.+ Matla a eona a etsang hore e ikhohomose a tla fela.+ Maru a tla e koahela le batho ba lulang metseng ea eona ba isoe botlamuoeng.+ 19 Ke tla ahlola Baegepeta ’me ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”
20 Ka letsatsi la bosupa la khoeli ea pele ka selemo sa bo11, Jehova a bua le ’na a re: 21 “Mor’a motho, ke robile letsoho la Faro morena oa Egepeta. Le ke ke la tlangoa hore le fole kapa la tlangoa ka lesela le tlamisang e le hore le khone ho tšoara sabole.”
22 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke ahlola Faro morena oa Egepeta,+ ke tla mo roba matsoho, ke tla roba le ntseng le le hantle le le robehileng+ ebile a ke ke a khona ho tšoara sabole.+ 23 Ka mor’a moo, ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke be ke ba qhalakanye har’a linaha.+ 24 Ke tla matlafatsa matsoho a morena oa Babilona+ ’me ke mo fe sabole ea ka.+ Ke tla roba matsoho a Faro, o tla lla a hoeletse joaloka motho ea shoang ka pel’a hae.* 25 Ke tla matlafatsa matsoho a morena oa Babilona empa matsoho a Faro a tla holofala. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke fa morena oa Babilona sabole ea ka, o tla e sebelisa ho bolaea batho ba naha ea Egepeta.+ 26 Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke be ke ba qhalakanye har’a linaha.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”
31 Jehova a boela a bua le ’na ka letsatsi la pele la khoeli ea boraro, ka selemo sa bo11 a re: 2 “Mor’a motho, e-re ho Faro morena oa Egepeta le ho mabotho a hae,+
‘Ke mang ea matla joaloka uena?
3 Ho ne ho e-na le Moasiria ea joaloka sefate sa kedare sa Lebanone,
Se ne se le selelele, se e-na le makala a matle a etsang moriti o moholo.
Karolo ea sona e ka holimo e ne e fihla marung.
4 Metsi a ile a etsa hore se be seholo le hore se be selelele.
Ho ne ho e-na le linokana moo se lenngoeng teng,
Li ne li nosetsa lifate tsohle tsa naha.
5 Ke ka lebaka leo se ileng sa ba selelele ho feta lifate tse ling tsohle tsa naha.
Makala a sona a ile a ba mangata, a ba malelele
Ka lebaka la metsi a mangata a tsoang linokaneng.
6 Linonyana tsohle li ne li hahela makaleng a sona,
Liphoofolo tsohle tse hlaha li ne li tsoalla tlas’a sona,
Le batho ba lichaba tsohle ba lula tlas’a moriti oa sona.
7 E ile ea e-ba sefate se seholo, se setle, se nang le makala a malelele
Hobane metso ea sona e ne e le ka har’a metsi a mangata.
8 Ho ne ho se na lifate tse ling tsa kedare tse tšoanang le sona serapeng sa Molimo,+
Ho se na lifate tsa junipere tse nang le makala a tšoanang le a sona
Ebile ho se na lifate tsa poleini tse nang le makala a tšoanang le a sona.
Ha ho na sefate se neng se le setle joaloka sona serapeng sa Molimo.
9 Ke se entse hore se be setle, se be le makhasi a mangata
Ebile lifate tse ling tsohle tse neng li le Edene serapeng sa Molimo oa ’nete, li ne li se monela.’
10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha se* ile sa e-ba selelele sa ba sa fihla marung, se ile sa ikhohomosa ka lebaka la bolelele ba sona. 11 Ke tla se fa ’musi ea matla oa lichaba.+ O tla se ahlola ’me ke tla se lahla ka lebaka la bokhopo ba sona. 12 Balichaba ba sehloho ka ho fetisisa ba tla se khaola, ba se lahlele lithabeng. Makhasi a sona a oele likhohlong le makala a sona a robehe, a oele linokaneng tsohle tsa naha.+ Batho bohle lefatšeng ba tla se lahla ebile ba ke ke ba hlola ba lula tlas’a moriti oa sona. 13 Linonyana tsohle li tla lula holim’a sefate seo se oeleng le liphoofolo tsohle tse hlaha li lule makaleng a sona.+ 14 Ntho ena e tla etsahala e le hore sefate leha e le sefe se botleng moo metsi a leng mangata, se se ke sa e-ba selelele kapa karolo ea sona e ka holimo e fihle marung. Kaofela li tla shoa, li patoe joaloka batho ba patoang mabitleng.’
15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo se theohelang Lebitleng,* ke tla etsa hore batho ba lle. Ke tla thiba metsi a mangata, ke thibe le linokana hore li se ke tsa phalla. Ke tla etsa hore Lebanone e be lefifi ka lebaka la sona ebile lifate tsohle tsa naha li tla omella. 16 Ke tla etsa hore ha se oa, molumo oa sona o thothometse lichaba. Ke tla se theolela Lebitleng* hammoho le batho bohle ba eang lebitleng. Lifate tsohle tsa Edene+ e leng lifate tse ntle tsa Lebanone tse botleng moo metsi a leng mangata, li tla tšeliseha ha li se bona Lebitleng. 17 Li theoletsoe Lebitleng* ho bohle ba bolailoeng ka sabole.+ Li theohetse teng hammoho le ba mo tšehetsang, ba neng ba lula tlas’a moriti oa hae.’+
18 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ho na sefate se neng se tšoana le uena ka boholo le matla Edene.+ Leha ho le joalo, u tla isoa lebitleng hammoho le lifate tsa Edene. U tla robatsoa le batho ba bolailoeng ka sabole ba sa bollang. Lintho tsena li tla etsahalla Faro le sechaba sa hae.’”
32 Ka letsatsi la pele la khoeli ea bo12, ka selemo sa bo12, Jehova a bua le ’na hape a re: 2 “Mor’a motho, binela Faro morena oa Egepeta koli-ea-malla* u re,
‘U ne u tšoana le taoana e matla har’a lichaba
Empa ho ile ha etsoa hore u thole.
U ne u tšoana le phoofolo e kholohali ea leoatle,+ u hasa metsi hohle linokeng tsa hao,
U ile oa silafatsa metsi ka maoto a hao oa ba oa bapalla linokeng.’*
3 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Ke tla etsa hore lichaba tse ngata li u koahele ka letlooa la ka,
Li tla u hulela ka har’a letlooa la ka le tšoasang litlhapi.
4 Ke tla u lahlela naheng.
Ke u siee naheng e se nang letho.
Ke tla etsa hore linonyana tsohle li lule holim’a hao,
Ke be ke etse hore libata tsohle tsa lefatše li u je li be li khore.+
7 ‘Ha ke u felisa, ke tla koahela maholimo ke be ke etse hore linaleli tsa ’ona li be lefifi.
Ke tla koahela letsatsi ka maru
Le khoeli e ke ke ea khanya.+
8 Ke tla fifatsa mehloli eohle ea leseli maholimong ka lebaka la hao
Hape ke tla koahela naha ea hao ka lefifi,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
9 ‘Ke tla utloisa batho ba bangata bohloko ha ke isa batšoaruoa ba hao lichabeng tse ling,
Linaheng tseo u sa li tsebeng.+
10 Ke tla etsa hore lichaba tse ngata li tšohe haholo
Le marena a tsona a thothomele ke tšabo ha ke u bolaea ka sabole ka pel’a ’ona.
Letsatsing leo ke u felisang ka lona, lichaba li tla lula li tšohile,
Motho e mong le e mong a tšohetse bophelo ba hae.’
11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
‘Morena oa Babilona o tla u bolaea ka sabole.+
12 Ke tla etsa hore sechaba sa hao se bolaoe ka lisabole ke masole a matla,
A khopo ka ho fetisisa lichabeng tsohle.+
A tla felisa boikhohomoso ba Egepeta a be a felise le sechaba sohle sa eona.+
13 Ke tla felisa liphoofolo tsohle tsa eona tse pel’a metsi a mangata,+
Ha ho na leoto la motho kapa la phoofolo le tla a silafatsa hape.’+
14 ‘Ka nako eo, ke tla hloekisa metsi a eona,
Ke etse hore linoka tsa eona li phalle joaloka oli,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
15 ‘Ha ke tlosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e Egepeta, ke etsa hore naha e sale e se na letho+
Ebile ke felisa baahi bohle ba eona,
Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.+
16 Ena ke koli-ea-malla* ’me batho ba tla e bina.
Barali ba lichaba ba tla e bina.
Ba tla e binela naha ea Egepeta le sechaba sohle sa eona,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
17 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ka selemo sa bo12, Jehova o ile a boela a re ho ’na: 18 “Mor’a motho, llela sechaba sa Egepeta u se bolelle hore sona le batho ba lichaba tse ling tse matla, ba tla theoleloa lebitleng hammoho le batho bohle ba shoeleng.
19 ‘U nahana hore u feta mang ka botle? Tsamaea u e’o robala lebitleng le batho ba sa bollang.’
20 ‘Ba tla shoella har’a batho ba bolailoeng ka sabole.+ O bolailoe ka sabole, mo huleleng hole hammoho le sechaba sohle sa hae.
21 Masole a matla a tla bua le eena le bathusi ba hae ka tlase Lebitleng.* Ba tla robala lebitleng joaloka batho ba sa bollang ba bolailoeng ka sabole. 22 Asiria le eona e moo le sechaba sohle sa eona. E pota-potiloe ke mabitla a batho ba eona ba bolailoeng ka sabole.+ 23 Mabitla a Asiria a sekoting se tebileng le batho bohle ba eona ba bolailoeng ka sabole, ba pota-potile lebitla la eona hobane ha ba ntse ba phela, ba ne ba tšosa batho.
24 Naha ea Elame+ le batho bohle ba eona ba bolailoeng ka sabole ba pota-potile lebitla la Asiria. Ba ile ba theohela lebitleng ba sa bolla ’me ha ba ntse ba phela, ba ne ba tšosa batho. Empa joale ba tla hlajoa ke lihlong hammoho le batho ba theohelang lebitleng le bona. 25 Ba etselitse naha ea Elame bethe har’a batho ba bolailoeng ’me batho bohle ba eona ba potolohile mabitla a eona. Batho bohle ba bolailoeng ka sabole ha baa bolla. Ba bolailoe ka sabole hobane ba ne ba tšosa batho ha ba ne ba ntse ba phela. Ba tla hlajoa ke lihlong hammoho le batho ba theohelang lebitleng le bona. Naha ea Elame e behiloe le batho ba bolailoeng.
26 Mesheke le Tubale+ le tsona li moo hammoho le lichaba tsohle tsa tsona. Mabitla a tsona a e potolohile. Batho ba lichaba tseo kaofela ba ne ba sa bolla ’me ba bolailoe ka sabole hobane ha ba ntse ba phela, ba ne ba tšosa batho. 27 Ba tla robala le masole a matla a sa bollang a ileng a bolaoa, a theoletsoeng Lebitleng* le libetsa tsa ’ona tsa ntoa. Lisabole tsa masole ao li tla behoa tlas’a lihlooho tsa ’ona* le libe tsa ’ona li behoe masapong a ’ona hobane ha a ntse a phela, a ile a tšosa batho. 28 Empa uena u tla felisoa le batho ba sa bollang ’me u robale le batho ba bolailoeng ka sabole.
29 Edomo+ e moo le marena le likhosana tsohle tsa eona, bao le hoja ba neng ba le matla ba ileng ba robatsoa le batho ba bolailoeng ka sabole. Le bona ba tla patoa ka lebitleng le batho ba sa bollang+ le ba bolailoeng.
30 Likhosana* tsohle tsa leboea le Basidone+ bohle ba moo. Le hoja ba ne ba le matla ebile ba tšosa batho, ba ile ba theoleloa lebitleng ba soabile le batho ba bolailoeng. Ba tla patoa ba sa bolla hammoho le batho ba bolailoeng ka sabole ebile ba tla tlotloloha ha ba patoa le batho ba shoeleng.
31 Ha Faro a bona lintho tsena tsohle, o tla tšeliseha ka se etsahalletseng sechaba sa hae.+ Faro o tla bolaoa ka sabole hammoho le masole ’ohle a hae,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
32 ‘Faro le lichaba tsohle tsa hae ba tla bolaoa hammoho le batho ba sa bollang ba bolailoeng ka sabole hobane ba ne ba tšosa batho,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
33 Jehova a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, bua le sechaba sa heno+ u re,
‘A re re ke tl’o bolaea batho naheng ka sabole+ ebe batho bao kaofela ba khetha motho a le mong eo e tla ba molebeli oa bona, 3 ha a ntse a katile ebe o bona sera se tla, o letsa lenaka ho lemosa sechaba.+ 4 Haeba motho a utloa molumo oa lenaka empa a sa etse letho+ ebe oa bolaoa, o tla ikarabella ka lefu la hae.+ 5 O utloile molumo oa lenaka empa ha aa etsa letho. O tla ikarabella ka lefu la hae. A ka be a sa shoa hoja a mamela.
6 Empa haeba molebeli a bona sera se tla ebe ha a letse lenaka+ ho lemosa sechaba ’me sera se bolaea motho e mong, motho eo o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae empa molebeli o tla ba molato.*+
7 Mor’a motho, ke u khethile hore u be molebeli oa Baiseraele. Ha u utloa lentsoe la ka, u ba lemose.+ 8 Haeba nka bolella moetsalibe hore o tla shoa+ ebe ha u mo lemose le ho mo bolella hore a tlohele ho etsa lintho tse mpe, o tla shoa e ntse e le moetsalibe ka lebaka la libe tsa hae+ empa ke tla u nka u le molato bakeng sa mali a hae.* 9 Empa haeba u mo lemosa hore a tlohele ho etsa lintho tse mpe ebe oa hana, o tla shoa ka lebaka la libe tsa hae+ empa uena u tla pholosoa.’+
10 Mor’a motho, e-re ho Baiseraele, ‘Le ile la re: “Libe tsa rona le taba ea hore re ile ra u fetohela li re imetse ebile li re utloisa bohloko haholo.+ Joale ke joang re ka tsoelang pele re phela?”’+ 11 Ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Kea ikana hore ha ke thabele ho bona motho ea khopo a shoa+ empa ke thabela hore a fetole litsela tsa hae+ e le hore a tsoele pele a phela.+ Baiseraele, tlohelang lintho tse mpe+ tseo le li etsang e le hore le se ke la shoa.’+
12 Mor’a motho, e-re ho sechaba sa heno, ‘Lintho tse ntle tseo motho ea lokileng a li etsang, li ke ke tsa mo pholosa haeba a mphetohela+ le motho ea khopo a ke ke a shoa ka lebaka la lintho tse mpe tseo a neng a li etsa haeba a li tlohela.+ Motho ea lokileng le eena ha a etsa sebe, a ke ke a tsoela pele a phela ka lebaka la lintho tse ntle tseo a neng a li etsa.+ 13 Ha ke re ho motho ea lokileng: “U ke ke oa shoa” ebe o itšepa ho tlola hoo a etsang ntho e mpe,+ lintho tse ntle tseo a li entseng li ke ke tsa hopoloa empa o tla shoa ka lebaka la ntho e mpe eo a e entseng.+
14 Empa ha ke re ho motho ea khopo: “U tla shoa” ebe o tlohela lintho tse mpe tseo a neng a li etsa ’me o etsa tse ntle,+ 15 o khutlisa lintho tseo a li nkileng ho motho ea mo kolotang+ le tseo a li utsoitseng+ a bile a mamela melao e etsang hore motho a phele ka hore a se ke a etsa lintho tse mpe, a ke ke a shoa empa o tla tsoela pele a phela.+ 16 O tla tšoareloa libe tseo a li entseng pele.*+ Kaha o se a etsa lintho tse ntle, o tla tsoela pele a phela.’+
17 Empa sechaba sa heno se itse, ‘Jehova ha a etse lintho ka toka’ empa e le sona se sa etseng lintho ka toka.
18 Ha motho ea lokileng a tlohela ho etsa lintho tse ntle ebe o etsa lintho tse mpe, o lokela ho shoa ka lebaka la tsona.+ 19 Empa ha motho ea khopo a fetoha ’me a tlohela ho etsa lintho tse mpe, a e-na le toka a bile a etsa tse ntle, o tla tsoela pele a phela ka lebaka la tsona.+
20 Empa le itse, ‘Jehova ha a etse lintho ka toka.’+ Lona Baiseraele, ke tla ahlola e mong le e mong oa lona ho ea ka liketso tsa hae.”
21 Ha nako e ntse e ea, ka letsatsi la bohlano la khoeli ea leshome ka selemo sa bo12 re le botlamuoeng, monna ea phonyohileng Jerusalema o ile a tla ho ’na+ a re: “Motse o lihiloe!”+
22 Bosiu pele monna eo a tla ho ’na, moea o halalelang* oa Jehova o ile oa tla ho ’na, oa mpula molomo pele monna eo a fihla hoseng. Ho tloha ka nako eo, ke ile ka khona ho bua.+
23 Jehova a bua le ’na a re: 24 “Mor’a motho, baahi ba libaka tse sentsoeng+ ba re ka naha ea Iseraele, ‘Abrahama o ne a le mong feela empa o ile a fuoa naha ena.+ Rona re bangata, e tlameha ebe naha ena e se e fuoe rona.’
25 Ka lebaka leo, ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Le ja nama e nang le mali,+ le kopa thuso ho litšoantšo tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang* ebile le ntse le bolaea batho.+ Joale na le lokela ho fuoa naha? 26 Le tšepile lisabole tsa lona,+ le etsa lintho tse nyonyehang ’me kaofela ha lona le robala le basali ba baahisani ba lona.+ Joale na le lokela ho fuoa naha?”+
27 U re ho bona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kea ikana hore batho ba lulang metseng e sentsoeng ba tla bolaoa ka sabole, ba lulang naheng e se nang letho bona ke tla fana ka bona e le lijo ho libata tsa naha ’me ba lulang libakeng tse sireletsehileng le mahaheng ba tla bolaoa ke maloetse.+ 28 Ke tla etsa hore naha e se ke ea e-ba le letho ho hang+ le boikhohomoso ba eona bo felisoe. Lithaba tsa Iseraele li tla senyeha,+ ha ho na motho ea tla khona ho feta ho tsona. 29 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke etsa hore naha e se ke ea e-ba le letho+ ka lebaka la lintho tsohle tse nyonyehang tseo ba li entseng.”+
30 Uena mor’a motho, batho ba heno ba ntse ba bua ka uena pel’a marako le menyako ea matlo a bona.+ Ba ntse ba buisana, e mong o re ho e mong, ‘A re ee re e’o utloa hore na Jehova o re’ng.’ 31 Ba tla lula ka pel’a hao ba le bangata joalokaha eka ke batho ba ka, ba tla utloa ha u bua le bona empa ba ke ke ba etsa seo u se buang.+ Ba bua mantsoe a monate ho uena empa ka lipelong ba meharo ea ho fumana lintho ka bolotsana. 32 Ho bona u joaloka pina e monate ea lerato, e binoang ka lentsoe le monate, e letsoang ka seletsa se likhoele se letsoang hamonate. Ba tla utloa ha u bua le bona empa ba ke ke ba etsa seo u se buang. 33 Ha boprofeta bona bo phethahala hobane kannete bo tla phethahala, ba tla tseba hore moprofeta o ne a le teng har’a bona.”+
34 Jehova a boela a re ho ’na: 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo ho balisa ba Iseraele u re, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ho malimabe lona balisa ba Iseraele+ ba iphepang. Na ha se mohlape oo balisa ba lokelang ho o fepa?+ 3 Le ja mafura, le apara liaparo tse entsoeng ka ulu ebile le hlaba liphoofolo tse nonneng ka ho fetisisa+ empa ha le fepe mohlape.+ 4 Ha lea matlafatsa tse fokolang, ha lea folisa tse kulang, ha lea tlamisa tse lemetseng, ha lea khutlisa tse hlahlathetseng ebile ha lea batla tse lahlehileng.+ Ho e-na le hoo, le ne le li laola ka thata ebile le li hateletse.+ 5 Li ile tsa hasana hobane li se na molisa.+ Kaha li ne li hasane, li ile tsa fetoha lijo tsa libata tsohle tsa naha. 6 Linku tsa ka li ne li hlahlathela lithabeng tsohle le maralleng ’ohle. Li ne li hasane hohle lefatšeng, ho se na motho ea batlanang le tsona kapa ea ikemiselitseng ho li fumana.
7 Ka lebaka leo, lona balisa mamelang mantsoe a Jehova. 8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Linku tsa ka li fetohile lijo tsa libata tsohle tsa naha hobane li se na molisa. Balisa ba ka ha baa li batla. Ho e-na le hoo, ba ile ba iphepa eaba ha ba fepe linku tsa ka.’ 9 Ka lebaka leo, balisa mamelang mantsoe a Jehova. 10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla fa balisa kotlo ke be ke etse hore ba ikarabelle ka tsela eo ba neng ba tšoere linku tsa ka ka eona.* Nke ke ka ba lumella hore ba li fepe*+ ebile le bona ha ba sa tla hlola ba iphepa. Ke tla pholosa linku tsa ka ho bona e le hore ba se ke ba hlola ba li ja.’
11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke ’na enoa, ke tla batlana le linku tsa ka ke be ke li hlokomele.+ 12 Ke tla hlokomela linku tsa ka joaloka molisa ea hlokomelang linku tsa hae tse neng li hasane ebe oa li fepa.+ Ke tla li pholosa libakeng tsohle tseo li neng li hasane ho tsona letsatsing la maru le la lefifi le letšo-letšo,+ 13 ke li ntše har’a lichaba, ke li bokelle hammoho ho tsoa linaheng ke be ke li tlise naheng ea tsona. Ke tla li fepa thabeng ea Iseraele,+ pel’a linokana le libaka tseo ho luloang ho tsona, 14 ke li fulise makhulong a matle ’me li tla fula lithabeng tse phahameng tsa Iseraele.+ Li tla lula moo naheng e nang le makhulo a matle+ ebile li tla fula lithabeng tsa Iseraele tse nang le makhulo a matle.’
15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke ’na ea tla fepa linku tsa ka+ ke be ke li fe sebaka sa ho phomola.’+ 16 Ke tla batlana le e lahlehileng,+ ke khutlise e hlahlathetseng, ke tlamise e lemetseng ke be ke matlafatse e fokolang. Empa ke tla felisa e nonneng le e matla ebile ke tla e ahlola.”
17 Lona mohlape oa ka, ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ke re: “Ke tlisa kahlolo, ke tla ahlola linku, liramo le liphooko* ka toka.+ 18 Na ha hoa lekana hore ebe le fula libakeng tse nang le joang bo botle ka ho fetisisa? Na le lokela ho hata joang bo setseng ka maoto? Na ka mor’a hore le noe metsi a hloekileng ka ho fetisisa le lokela ho a silafatsa ka hore le a hate ka maoto? 19 Na joale linku tsa ka li fule joang boo le bo hatileng ka maoto li be li noe le metsi ao le a silafalitseng?”
20 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho tsona: “Ke tla ahlola linku tse nonneng le tse otileng ka toka. 21 Le ne le sutumetsa linku tsohle tse kulang ka ’mele ea lona ebile le li hlaba ka manaka ho fihlela le li hasantse hohle. 22 Ke tla pholosa linku tsa ka ebile ha li sa tla hlola li fetoha lijo tsa liphoofolo tse ling.+ Ke tla ahlola nku e ’ngoe le e ’ngoe ka toka. 23 Ke tla li fa molisa a le mong+ e leng mohlanka oa ka Davida+ ’me o tla li fepa. O tla li fepa, e be molisa oa tsona.+ 24 ’Na Jehova ke tla ba Molimo oa tsona+ ’me mohlanka oa ka Davida e be khosana ea tsona.+ Ke ’na Jehova ea buileng.
25 Ke tla etsa selekane sa khotso le tsona.+ Ke tla tlosa liphoofolo tse kotsi tse hlaha+ e le hore li lule li sireletsehile naheng li be li robale merung.+ 26 Ke tla li hlohonolofatsa ke be ke hlohonolofatse sebaka se potolohileng leralla la ka+ hape ke tla etsa hore pula e ne ka nako ea eona. Ke tla nesa litlhohonolofatso joaloka pula.+ 27 Lifate li tla beha litholoana, mobu o hlahise lijo+ le batho ba ka ba lule ba sireletsehile naheng. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke roba joko ea bona+ ’me ke ba pholosa ho batho ba ba entseng makhoba. 28 Ha ba sa tla hlola ba hlaseloa ke lichaba, le libata tsa naha li ke ke tsa ba bolaea. Ba tla lula ba sireletsehile ho se na motho ea ba tšosang.+
29 Ke tla ba fa sebaka se tla tuma ka ho hlahisa lijalo tse ntle. Ha ba sa tla hlola ba bolaoa ke tlala+ ebile ha ho sa tla hlola ho e-ba le lichaba tse tla etsa hore ba hlajoe ke lihlong.+ 30 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Baiseraele ba tla tseba hore ’na Jehova ke Molimo oa bona, ke na le bona ebile ke sechaba sa ka.’+
31 Lona linku tsa ka+ tseo ke li hlokomelang, le batho ’me ’na ke Molimo oa lona,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.’”
35 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo sebakeng se lithaba sa Seire.+ 3 U re ho sona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tl’o u ahlola uena sebaka se lithaba sa Seire, ke u etse sebaka se omeletseng, se se nang letho.+ 4 Ke tla senya metse ea hao ’me ke etse hore sebaka sa hao se se ke sa e-ba le letho.+ U tla tseba hore ke ’na Jehova 5 hobane u ile oa hloea Baiseraele haholo,+ oa etsa hore ba bolaoe ka sabole nakong ea bona ea tlokotsi ha ba ne ba ahloloa la ho qetela.’+
6 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ka lebaka leo, ke u ahloletse lefu ’me ha ho na moo u tla balehela teng. Lefu le tla u latela+ hobane le uena u ne u ahloletse batho bao u neng u ba hloile lefu.+ 7 Ke tla etsa hore sebaka se lithaba sa Seire se se ke sa e-ba le letho+ ke be ke bolaee mang kapa mang ea fetang kapa ea khutlelang ho sona. 8 Lithaba tsa sona ke tla li tlatsa batho ba bolailoeng ’me batho ba bolailoeng ka sabole ba tla oela maralleng, likhohlong le linokaneng tsohle tsa hao. 9 Ke tla u felisa ebile metse ea hao e ke ke ea hlola e e-ba le baahi.+ U tla tseba hore ke ’na Jehova.’
10 Kaha u ile oa re, ‘Lichaba tsena tse peli le linaha tsena tse peli e tla ba tsa ka. Re tla li nka li le peli+ hore e be tsa rona’ le hoja ’na Jehova ke ne ke le teng har’a tsona. 11 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ke u ahlola, ke tla halefa ka tsela eo u neng u li halefela ka eona le ka tsela eo u neng u li hloile ka eona.+ Ka nako eo, ke tla etsa hore li ntsebe. 12 U tla tseba hore ’na Jehova ke utloile lintho tsohle tse mpe tseo u li buileng ka lithaba tsa Iseraele ha u re, “Li lahliloe ebile re fuoe monyetla oa hore re li felise.”* 13 U buile lintho tse ngata tse mpe ka ’na u ikhohomosa.+ Ke li utloile kaofela.’
14 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lefatše lohle le tla thaba ha ke u felisa. 15 Feela joalokaha u ile oa thaba ha lefa la Baiseraele le felisoa, ke tla u etsa ntho e tšoanang.+ Uena sebaka se lithaba sa Seire, naha eohle ea Edomo,+ u tla felisoa. Batho ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”
36 “Mor’a motho, profeta ka lithaba tsa Iseraele u re, ‘Lona lithaba tsa Iseraele, utloang lentsoe la Jehova. 2 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Sera se itse ka uena, ‘Eke! Le libaka tsa khale tse phahameng e se e le tsa rona.’”+
3 Ka lebaka leo, profeta u re “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha ba entse hore u se ke oa ba le letho ebile ba u hlasetse ba hlaha mahlakoreng ’ohle e le hore u tle u be lefa la batho ba phonyohileng* lichabeng le hore batho ba bue ka uena ba be ba u senye lebitso,+ 4 lona lithaba tsa Iseraele, utloang lentsoe la Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho lithaba, maralla, linokana, likhohlo, libaka tse sentsoeng+ le metse e lahliloeng e seng e hapiloe le eo batho ba phonyohileng ba tsoang lichabeng tse e potolohileng ba e somang,+ 5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho libaka tseo: “Ke tla tlisa molaetsa oa kahlolo ho Edomo eohle le ho batho ba phonyohileng lichabeng, ba neng ba thabile ebile ba soma+ ha ba ipha naha ea ka e le hore ba e hape ba be ba nke makhulo a eona.”’”+
6 Profeta ka naha ea Iseraele ’me u re ho lithaba, maralla, linokana le likhohlo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla bua ke halefile haholo hobane lichaba li le tlotlolotse.”+
7 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Kea ikana hore lichaba tse le potolohileng le tsona li tla tlotlolloa.+ 8 Empa lona lithaba tsa Iseraele, le tla hlahisetsa sechaba sa ka sa Iseraele makala le litholoana+ hobane sea khutla haufinyane. 9 Ke na le lona, ke tla le hlokomela ke be ke etse hore le lengoe ho be ho jaloe peo ho lona. 10 Ke tla etsa hore sechaba sohle sa Iseraele se be sengata, metse ea eona e be le baahi+ le e sentsoeng e hahoe bocha.+ 11 Ke tla atisa sechaba sa hao ke be ke etse hore se be sengata hammoho le liphoofolo tsa hao.+ Ke tla etsa hore u boele u be le baahi joaloka pele,+ ke etse hore u atlehe ho feta pele.+ U tla tseba hore ke ’na Jehova.+ 12 Lona lithaba tsa Iseraele, ke tla etsa hore batho ba ka ba Iseraele ba tsamaee ho lona ba be ba le hape.+ Le tla ba lefa la bona ebile le ke ke la hlola le etsa hore ba se ke ba ba le bana.”’+
13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha ba re ho uena, “U naha e jang batho, e nkelang lichaba tsa eona bana. 14 Ha u sa tla hlola u ja batho kapa u etsa hore lichaba tsa hao li se ke tsa ba le bana,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 15 Ha ke sa tla lumella hore lichaba li u rohake kapa batho ba u some.+ U ke ke oa hlola u tlisetsa lichaba tsa hao tlokotsi,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
16 Jehova a boela a re ho ’na: 17 “Mor’a motho, ha Baiseraele ba lula naheng ea bona, ba ile ba e silafatsa ka lintho tse mpe tseo ba neng ba li etsa.+ Ho ’na lintho tseo ba neng ba li etsa li ne li sa hloeka joaloka ho se hloeke ha mosali ea matsatsing.+ 18 Ke ile ka ba halefela haholo ka lebaka la hore ba ne ba silafalitse naha ka litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang*+ ebile ba bolaile batho ba bangata.+ 19 Ke ile ka ba hasanya har’a lichaba, ka ba ka ba qhalakanya har’a linaha,+ ka ba ahlola ho ea ka liketso tsa bona. 20 Empa ha ba fihla lichabeng tseo, batho ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang+ ka ho re ka bona, ‘Batho bana ke ba Jehova empa ba ile ba tlameha ho tloha naheng ea hae.’ 21 Ke tla loanela lebitso la ka le halalelang leo Baiseraele ba le silafalitseng har’a lichaba tseo ba neng ba ile ho tsona.+
22 Bolella Baiseraele hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, ha ke etse lintho tsena ka lebaka la lona empa ka lebaka la lebitso la ka le halalelang leo le le silafalitseng har’a lichaba tseo le neng le le ho tsona.’+ 23 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo+ leo le le silafalitseng har’a lichaba. Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke halaletsoa har’a lona li ntse li shebile.’ 24 Ke tla le ntša lichabeng ke be ke le phuthe linaheng tsohle, ke le khutlisetse naheng ea lona.+ 25 Ke tla le fafatsa ka metsi a hloekileng ’me le tla hloeka.+ Ke tla le hloekisa litšila tsohle tsa lona+ ke be ke tlose litšoantšo tsohle tsa lona tse rapeloang tse nyonyehang.+ 26 Ke tla fetola lipelo tsa lona+ le tsela eo le nahanang ka eona.+ Ke tlose pelo e joaloka lejoe+ ’meleng ea lona ’me ke le fe pelo ea nama.* 27 Ke tla kenya moea oa ka o halalelang ka hare ho lona, ke etse hore le mamele melao+ ea ka le litaelo tsa ka. Le tla li mamela le be le li phethe. 28 Le tla lula naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lona. Le tla ba batho ba ka ’me ’na ke be Molimo oa lona.+
29 Ke tla etsa hore le se ke la silafala, ke etse hore koro e be ngata ebile ha ke sa tla hlola ke le tlisetsa tlala.+ 30 Ke tla etsa hore litholoana tsa lifate le lijo tsa masimong li be ngata e le hore le se ke la hlola le hlajoa ke lihlong ka lebaka la tlala har’a lichaba.+ 31 Le tla hopola lintho tse mpe tseo le neng le li etsa ’me le itlhoee le be le ikutloe le le molato ka lebaka la lintho tse nyonyehang tseo le neng le li etsa.+ 32 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Baiseraele, tsebang hore ha ke etse lintho tsena ka lebaka la lona.+ Ho e-na le hoo, itšoabeleng ka lebaka la liketso tsa lona tse mpe.’
33 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo ke le hloekisang melato eohle ea lona, ke tla etsa hore metse ea lona e be le baahi+ le e sentsoeng e hahoe bocha.+ 34 Naha e omeletseng, e se nang letho eo motho e mong le e mong ea fetang ka tsela a neng a e bona, e tla lengoa. 35 Batho ba tla re: “Naha e neng e omeletse ebile e se na letho e se e tšoana le serapa sa Edene+ le metse e neng e senyehile e se na letho ebile e oele, hona joale e se e e-na le baahi ebile ke libaka tse sireletsehileng.”+ 36 Lichaba tse setseng tse le potolohileng li tla tseba hore ’na Jehova ke hahile metse e neng e lihiloe ebile ke lemme naha e neng e se na letho. ’Na Jehova, ke entse seo ke neng ke se buile.’+
37 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla lumella Baiseraele ba nkope hore ke ba etse hore ba be bangata joaloka mehlape ea liphoofolo. 38 Metse e neng e senyehile e tla ba le batho ba bangata+ joaloka sehlopha sa batho ba halalelang le joaloka mohlape oa Jerusalema* nakong ea mekete.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.’”
37 Matla a Jehova* a ne a le holim’a ka ’me Jehova o ile a nkuka ka moea oa hae o halalelang a mpeha thoteng+ e tletseng masapo. 2 O ile a mphetisa har’a ’ona kaofela. Ke ile ka bona masapo a mangata le a omeletseng haholo+ moo thoteng. 3 O ile a re ho ’na: “Mor’a motho, na masapo aa a ka phela?” Ka re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ke uena ea tsebang.”+ 4 A re ho ’na: “Profetela masapo ana u re ho ’ona, ‘Lona masapo a omeletseng, utloang lentsoe la Jehova:
5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re ho masapo ana: “Ke tla kenya moea oa bophelo ka hare ho lona ’me le tla boela le phele.+ 6 Ke tla le kenya mesifa le nama, ke le koahele ka letlalo ke be ke kenye moea oa bophelo ka hare ho lona ’me le tla boela le phele. Le tla tseba hore ke ’na Jehova.”’”
7 Ke ile ka profeta feela joalokaha ke ne ke laetsoe. Hang ha ke qala ho profeta, ka utloa molumo, e ne e le molumo oa masapo a kopanang eaba aa kopana. 8 Ka bona mesifa le nama e hlaha masapong eaba letlalo lea a koahela. Empa a ne a ntse a sa phele.
9 Molimo a re ho ’na: “Profetela moea. Mor’a motho, profeta u re ho moea, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Uena moea,* tloo ho tsoa mahlakoreng a mane ’me u butsoele batho bana ba bolailoeng e le hore ba phele.”’”
10 Ke ile ka profeta feela joalokaha ke ne ke laetsoe eaba ba qala ho phela* ’me ba ema ka maoto.+ E ne e le batho ba bangata haholo.
11 A boela a re ho ’na: “Mor’a motho, masapo ana ke Baiseraele bohle.+ Ke bana ba ntse ba re, ‘Masapo a rona a omeletse le tšepo ea rona e felile.+ Kannete re felisitsoe.’ 12 Profeta u ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona sechaba sa ka, ke tla bula mabitla a lona+ ke be ke le tsose ’me ke tla le khutlisetsa naheng ea Iseraele.+ 13 Sechaba sa ka, le tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke bula mabitla a lona ebile ke le tsosa ’me ke le ntša ka har’a ’ona.’+ 14 Jehova o re, ‘Ke tla kenya moea oa ka o halalelang ka hare ho lona ’me le tla phela+ ke be ke le behe naheng ea lona. Le tla tseba hore ’na Jehova ke entse seo ke se buileng.’”
15 Jehova a boela a bua le ’na a re: 16 “Mor’a motho, nka thupa u ngole mantsoe ana ho eona, ‘Ea Juda le ea Baiseraele ba nang le eena.’*+ U nke thupa e ’ngoe ’me u ngole a reng, ‘Ea Josefa e emelang Efraime le Baiseraele bohle ba nang le eena.’*+ 17 Ka mor’a moo, u li kopanye hore e be thupa e le ’ngoe letsohong la hao.+ 18 Ha sechaba sa heno se re ho uena, ‘Re bolelle hore na lintho tsena li bolela’ng,’ 19 u se bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla nka thupa ea Josefa e letsohong la Efraime le ea meloko ea Iseraele e nang le eena, ke e kopanye le thupa ea Juda. Ke tla li etsa thupa e le ’ngoe+ ’me e tla ba ntho e le ’ngoe letsohong la ka.’” 20 Lithupa tseo u li ngotseng u li tšoare ka letsoho e le hore ba li bone.
21 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla lata Baiseraele lichabeng tseo ba leng ho tsona, ke be ke ba late libakeng tsohle tseo ba leng ho tsona ke ba khutlisetse naheng ea bona.+ 22 Ke tla ba etsa sechaba se le seng naheng ea bona+ lithabeng tsa Iseraele. Kaofela ha bona ba tla busoa ke morena a le mong+ ’me ha e sa tla hlola e e-ba lichaba tse peli ebile ha ba sa tla hlola ba arohana hore e be mebuso e ’meli.+ 23 Ha ba sa tla hlola ba itšilafatsa ka ho siteloa Molimo, ka ho etsa lintho tse mpe le ka ho rapela litšoantšo tsa bona tse nyonyehang.*+ Ke tla ba hloekisa ke be ke ba thuse hore ba tlohele ho etsa lintho tsohle tse mpe. E tla ba sechaba sa ka, ’na ke tla ba Molimo oa bona.+
24 Mohlanka oa ka Davida e tla ba morena oa bona+ ebile kaofela ha bona ba tla ba le molisa a le mong.+ Ba tla mamela melao ea ka le litaelo tsa ka.+ 25 Ba tla lula naheng eo ke e fileng mohlanka oa ka Jakobo, moo baholo-holo ba bona ba neng ba lula teng.+ Ba tla lula moo bophelo bohle ba bona+ hammoho le bana* ba bona le litloholo tsa bona.+ Mohlanka oa ka Davida o tla lula e le khosana ea bona.+
26 Ke tla etsa selekane sa khotso le bona,+ e tla ba selekane sa ka ho sa feleng. Ke tla ba lokisetsa sebaka seo ba tla lula ho sona, ke etse hore ba be bangata+ ke be ke behe tempele ea ka har’a bona ka ho sa feleng. 27 Tente ea ka e* tla ba moo ba lulang teng, e tla ba sechaba sa ka ’me ’na ke tla ba Molimo oa bona.+ 28 Lichaba li tla tseba hore ’na Jehova ke halaletsa Baiseraele ha ke beha tempele ea ka har’a bona ka ho sa feleng.”+
38 Jehova a bua le ’na hape a re: 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo ho Gogo oa naha ea Magogo,+ khosana e ka sehloohong ea Mesheke le Tubale.+ 3 U re ho eena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla u loantša uena Gogo khosana e ka sehloohong ea Mesheke le Tubale. 4 Ke tla u khutlisa, ke u kenye lihakisi mehlahareng+ ke be ke u ntše hammoho le masole a hao,+ lipere le banna ba palamang lipere ba apereng liaparo tse ntle. E tla ba sehlopha se seholo se tšoereng lisabole, lithebe tse kholo le tse nyenyane.* 5 Batho ba Persia, Ethiopia le Pute+ baa le tšehetsa, kaofela ha bona ba nkile lithebe tse nyenyane le lihelmete. 6 Batho ba bangata baa u tšehetsa.+ Gomere le masole ’ohle a eona hammoho le litloholo tsa Togarma+ tse tsoang libakeng tse hole tsa leboea le masole ’ohle a tsona le bona baa u tšehetsa.
7 Uena le masole ’ohle a nang le uena itokiseng. U tla ba molaoli oa ’ona.
8 U tla bitsoa ka mor’a matsatsi a mangata. Qetellong ka mor’a lilemo tse ngata, u tla hlasela naha eo batho ba eona ba ileng ba khutla ka mor’a ho hlaseloa ka sabole, ba ileng ba ntšoa lichabeng tse ngata ba isoa lithabeng tsa Iseraele tse neng li sentsoe ka nako e telele. Baahi ba naha ena ba ile ba ntšoa lichabeng tse ling ’me kaofela ha bona ba lula ba sireletsehile.+ 9 Uena le masole a hao hammoho le batho bohle ba nang le uena le tla ba hlasela joaloka sefefo le be le koahele naha joaloka maru.
10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Letsatsing leo, u tla tleloa ke menahano e fosahetseng ’me u tla rera morero o mobe. 11 U tla re: ‘Ke tla hlasela naha eo metse ea eona e sa sireletsehang.*+ Ke tla hlasela batho ba lulang ba sireletsehile ba sa tšoenyeheng ka letho. Kaofela ha bona ba lula libakeng tse sa sireletsoang ka marako, mekoallo le likeiti.’ 12 U tla etsa sena e le hore u inkele lintho tse ngata, u hlasele libaka tse neng li sentsoe tseo hona joale li seng li e-na le baahi+ ba latiloeng lichabeng tse ling+ ba ntse ba bokella maruo le matlo+ ebile ba lula bohareng ba lefatše.
13 Sheba+ le Dedane,+ bo-rakhoebo ba Tarshishe+ le masole ’ohle* a eona ba tla re ho uena: ‘Na u hlasela naha e le hore u inkele lintho tse ngata? Na u hlophisitse masole a hao hore a tl’o nka lintho tse ngata e leng silevera le khauta a be a nke maruo le matlo?’
14 Mor’a motho, profeta ’me u bolelle Gogo hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘U tla hlokomela* letsatsing leo sechaba sa ka sa Iseraele se lulang se sireletsehile.+ 15 U tla tloha naheng ea hao e libakeng tse hole tsa leboea.+ U tla be u tsamaea le sehlopha se seholo sa batho ba palameng lipere.+ 16 U tla hlasela sechaba sa ka sa Iseraele joaloka maru a koahelang naha. Matsatsing a ho qetela, ke tla etsa hore u loantše naha ea ka+ hore lichaba li tle li ntsebe ha ke ikhalaletsa ka ntho eo ke tla u etsa eona li ntse li shebile, uena Gogo.’+
17 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Na ha se uena eo ke ileng ka bua ka eena matsatsing a khale ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta ba Iseraele? Ba ile ba profeta ka lilemo tse ngata hore ho tla etsoa hore u ba hlasele.’
18 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Letsatsing leo Gogo a hlaselang naha ea Iseraele, ke tla halefa haholo.+ 19 Letsatsing leo, ke tla bua ke halefile haholo ebile naheng ea Iseraele ho tla ba le tšisinyeho ea lefatše e kholo. 20 Ke tla etsa hore litlhapi, linonyana, libata tsa naha le liphoofolo tsohle tse hahabang li thothomele hammoho le batho bohle ba phelang lefatšeng. Lithaba le mafika li tla lihuoa+ le marako a oele fatše.’
21 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke tla etsa hore a loantšoe lithabeng tsohle tsa ka. Masole a hae a tla loantšana ka sabole.+ 22 Ke tla mo ahlola ka hore ke tlisetse eena, masole a hae le sechaba sohle sa hae+ lefu la seoa+ ebile ho tla bolaoa batho ba bangata. Ke tla nesa pula e ngata le sefako+ ke be ke ba tlisetse mollo+ le sebabole.+ 23 Ke tla itlotlisa, ke ikhalaletse ke be ke itsebahatse lichabeng tse ngata. Li tla tseba hore ke ’na Jehova.’
39 Mor’a motho, profeta ’me u bolelle Gogo+ hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla u loantša uena Gogo, khosana e ka sehloohong ea Mesheke le Tubale.+ 2 Ke tla u khutlisa, ke u tlose libakeng tse hole tsa leboea+ ’me ke u ise lithabeng tsa Iseraele. 3 Ke tla otla seqha se ka letsohong la hao le letšehali, ke etse hore metsu e ka letsohong la hao le letona e oele fatše. 4 Uena le masole ’ohle a hao le tla bolaoa lithabeng tsa Iseraele+ hammoho le sechaba sohle sa hao se tla beng se e-na le uena. Ke tla fana ka lona hore le be lijo tsa linonyana tsa mefuta eohle tse jang nama le libata tsa naha.’+
5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘U tla bolaeloa naheng e se nang letho+ hobane ke ’na ea buileng.’
6 Ke tla romela mollo ho Magogo le ho bohle ba lulang ba sireletsehile lihlekehlekeng.+ Ba tla tseba hore ke ’na Jehova. 7 Ke tla etsa hore sechaba sa ka sa Iseraele se tsebe lebitso la ka le halalelang. Ha ke sa tla lumella hore lebitso la ka le halalelang le silafatsoe. Lichaba li tla tseba hore ke ’na Jehova+ Molimo ea Halalelang Iseraele.+
8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Letsatsi leo ke buileng ka lona lea tla le lintho tse profetiloeng li tla phethahala. 9 Baahi ba metse ea Iseraele ba tla tsoa ’me ba bokelle libetsa e le hore ba bese mollo ka tsona. Ba tla bokella lithebe tse kholo le tse nyenyane,* liqha, metsu, likoto le marumo. Ba tla besa mollo ka tsona+ ka lilemo tse supileng. 10 Ba ke ke ba hloka ho roalla patsi naheng kapa merung hobane ba tla besa mollo ka libetsa tsa bona.
Ba tla nka thepa ea batho ba ileng ba nka thepa ea bona ba be ba hape le lintho tsa batho ba ileng ba hapa tsa bona,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
11 ‘Letsatsing leo, ke tla fa Gogo+ sebaka sa lepato Iseraele, khohlong eo batho ba fetang ho eona ha ba ea ka bochabela ho leoatle ’me se tla koala tsela hore batho ba se ke ba feta. Ke hona moo Gogo le sechaba sohle sa hae ba tla pateloa teng. Sebaka seo se tla bitsoa Khohlo ea Hamone-Gogo.*+ 12 Baiseraele ba tla nka likhoeli tse supileng ba ntse ba ba pata e le hore ba hloekise naha.+ 13 Batho bohle ba naha ba tla thusa ka mosebetsi oa ho ba pata ’me ba tla tuma letsatsing leo ka lona ke ikhalaletsang,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
14 ‘Banna ba tla fuoa mosebetsi oa ho hloekisa naha ka hore ba e potolohe ba pate litopo tse setseng lefatšeng. Ba tla nka likhoeli tse supileng ba ntse ba batlana le tsona. 15 Ha batho ba fetang naheng ba bona lesapo la motho, ba tla beha letšoao pel’a lona ebe batho ba fuoeng mosebetsi oa ho pata litopo ba le pata Khohlong ea Hamone-Gogo.+ 16 Ho tla ba le motse moo o bitsoang Hamona.* Ba tla hloekisa naha.’+
17 Mor’a motho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘E-re ho mefuta eohle ea linonyana le ho libata tsohle tsa naha, “Tloong kaofela ha lona. Bokanang ’me le potolohe sehlabelo se seholo seo ke le etsetsang sona lithabeng tsa Iseraele.+ Le tla ja nama le be le noe mali.+ 18 Le tla ja nama ea batho ba matla le be le noe mali a likhosana tsa lefatše e leng liphoofolo tsohle tse nonneng tsa Bashane, liramo, likonyana, lipoli le lipoho. 19 Le tla ja mafura a mangata, le noe mali ho fihlela le tahiloe ke sehlabelo seo ke le etselitseng sona.”
20 Tafoleng ea ka le tla ja nama ea lipere, ea bapalami ba likariki tsa ntoa, ea banna ba matla le ea masole a mefuta eohle+ ho fihlela le khotše,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
21 ‘Ke tla bontša khanya ea ka har’a lichaba. Lichaba tsohle li tla bona kahlolo eo ke faneng ka eona le matla ao ke nang le ’ona ha ke li ahlola.+ 22 Ho tloha letsatsing leo, Baiseraele ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona. 23 Lichaba li tla tseba hore Baiseraele ba ile botlamuoeng ka lebaka la liphoso tsa bona le ho se ntšepahalle.+ Kahoo, ke ile ka ba lahla*+ eaba ke nehelana ka bona ho lira tsa bona+ ’me kaofela ha bona ba ile ba bolaoa ka sabole. 24 Ke ile ka ba ahlola ho ea ka liphoso tsa bona le ho se hloeke ha bona, ka ba ka ba lahla.’
25 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla khutlisa batho ba Jakobo ba neng ba isitsoe botlamuoeng,+ ke ba khutlisetse naheng ea bona ’me ke hauhele Baiseraele bohle.+ Ke tla etsa kahohle ho loanela lebitso la ka le halalelang.+ 26 Ka mor’a hore ba tlotlolloe ka lebaka la ho se ntšepahalle,+ ba tla lula ba sireletsehile naheng ea bona ho se na motho ea ba tšosang.+ 27 Ha ke ba ntša lichabeng ebile ke ba lata linaheng tsa lira tsa bona,+ ke tla ikhalaletsa har’a bona lichaba tse ngata li ntse li shebile.+
28 Ba tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa bona ha ke ba isa botlamuoeng har’a lichaba ebile ke ba lata, ke ba khutlisetsa naheng ea bona. Nke ke ka siea le ea mong oa bona.+ 29 Nke ke ka hlola ke ba lahla.+ Ke tla fa Baiseraele moea oa ka o halalelang,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
40 Ka letsatsi la leshome la khoeli selemong sa bo25 re le botlamuoeng,+ ha selemo se qala, ha ho fetile lilemo tse 14 motse o oele,+ letsatsing leo matla a Jehova a ile a e-ba holim’a ka eaba a nkisa motseng.+ 2 Molimo o ile a nkisa naheng ea Iseraele a sebelisa lipono tsa hae, a mpeha thabeng e phahameng haholo+ e neng e e-na le mohaho o tšoanang le motse o ka boroa.
3 Ha ke fihla moo, ke ile ka bona monna ea neng a shebahala joaloka koporo e benyang.+ O ne a tšoere thapo ea line le thupa e methang*+ ’me a eme keiting. 4 Monna eo o ile a re ho ’na: “Mor’a motho, shebisisa, mamelisisa u be u ele hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke u bontšang eona hobane u tlisitsoe mona ka lona lebaka leo. U bolelle Baiseraele ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang.”+
5 Ke ile ka bona lebota le potolohileng tempele.* Monna eo o ne a tšoere thupa e methang e bolelele ba limithara tse ka bang tharo* (mithareng e ’ngoe le e ’ngoe ho ile ha eketsoa bophara ba seatla).* Ha a metha lebota, bophara ba lona e ne e le thupa e le ’ngoe e methang le bophahamo ba lona e le thupa e le ’ngoe e methang.
6 O ile a ea keiting e neng e shebile ka bochabela,+ a hloa litepisi tsa eona. Ha a metha moo ho kenoang teng keiting, bophara bo ne bo lekana le thupa e le ’ngoe e methang le bophara ba lehlakore le leng bo lekana le thupa e le ’ngoe e methang. 7 Kamore e ’ngoe le e ’ngoe ea balebeli e ne e le bolelele ba thupa e le ’ngoe e methang le bophara ba thupa e le ’ngoe e methang. Pakeng tsa likamore tsa balebeli e ne e ka ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli.*+ Moo ho kenoang teng keiting pel’a foranta ea keiti e shebileng ka tempeleng, e ne e le thupa e le ’ngoe e methang.
8 Ha a metha foranta ea keiti e shebileng ka tempeleng, e ne e lekana le thupa e le ’ngoe e methang. 9 Ha a metha foranta ea keiti e ne e le limithara tse ka holimonyana ho tse ’nè,* lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng li ne li ka ba ka holimonyana ho mithara.* Foranta ea keiti e ne e le lehlakoreng e shebile tempele.
10 Ho ne ho e-na le likamore tsa balebeli tse tharo lehlakoreng le leng le le leng la keiti e ka bochabela. Likamore tseo tse tharo li ne li lekana le lipilara tse ka mahlakoreng a tsona li lekana.
11 Ha a metha bophara ba karolo e kenang ea keiti e ne e le limithara tse ka holimonyana ho tse hlano,* bolelele ba eona e le limithara tse ka bang tse supileng.*
12 Lebota le arolang le neng le le ka pel’a likamore tsa balebeli, e ne e ka ba halofo ea mithara* ka mahlakoreng ’ohle. Likamore tsa balebeli e ne e le limithara tse ka bang tharo* ka lehlakoreng lena le ka lehlakoreng lane.
13 O ile a metha keiti ho tloha marulelong a ntlo e ’ngoe ea balebeli ho ea marulelong a e ’ngoe, e ne e le bophara ba limithara tse ka bang 13.* Menyako ea likamore* tseo e ne e shebane.+ 14 Ha a metha lipilara tse ka mahlakoreng, li ne li le bolelele ba limithara tse ka bang 31.* O ile a boela a metha le lipilara tse mahlakoreng a keiti ho potoloha lebala. 15 Ho tloha moo ho kenoang teng keiting ho ea fihla ka pel’a foranta karolong e ka hare ea keiti, e ne e le limithara tse ka bang 26.*
16 Likamore tsa balebeli li ne li e-na le lifensetere tse kholo ka hare empa ka ntle li le nyenyane+ le lipilara tsa tsona tse ka mahlakoreng tse ka har’a likeiti li ne li le joalo mahlakoreng ’ohle. Ho ne ho e-na le lifensetere mahlakoreng ’ohle a karolo e ka hare ea liforanta ebile lipilara tse mahlakoreng li ne li e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema.+
17 A ntlisa lebaleng le ka ntle, ke ile ka bona likamore tsa ho jela+ le lebala le katiloeng ka majoe. Ho ne ho e-na le likamore tsa ho jela tse 30 lebaleng leo. 18 Sebaka se katiloeng ka majoe lehlakoreng la likeiti se ne se lekana le bolelele ba likeiti, se ne se le ka tlase ho lebala le ka hare la motse.
19 Ha a metha sebaka* ho tloha ka pel’a keiti e tlase ho ea fihla lebaleng le ka hare, e ne e le limithara tse ka bang 52* ka bochabela le ka leboea.
20 Lebala le ka ntle le ne le e-na le keiti e shebileng ka leboea. O ile a metha bolelele le bophara ba eona. 21 Ho ne ho e-na le likamore tse tharo tsa balebeli mahlakoreng ’ohle. Lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng le foranta li ne li lekana le tsa keiti ea pele. Li ne li le bolelele ba limithara tse ka bang 26* le bophara ba limithara tse ka bang 13.* 22 Lifensetere tsa eona, foranta le litšoantšo tsa eona tsa sefate sa palema+ li ne li lekana le tsa keiti e ka bochabela. Batho ba ne ba ka khona ho kena ka ho eona ka ho hloa litepisi tse supileng le foranta ea eona e ne e le ka pel’a tsona.
23 Ho ne ho e-na le keiti lebaleng le ka hare e neng e shebane le keiti e ka leboea ebile e shebane le keiti e ka bochabela. O ile a metha sebaka se lipakeng tsa likeiti tseo ’me se ne se etsa limithara tse ka bang 52.*
24 Ka mor’a moo, o ile a nkisa lehlakoreng le ka boroa eaba ke bona keiti e ka boroa.+ O ile a metha lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng le foranta ea eona ’me kaofela li ne li lekana le tse ling. 25 Ho ne ho e-na le lifensetere mahlakoreng ’ohle a eona le foranteng ea eona, li le joaloka lifensetere tsa likeiti tse ling. Li ne li le bolelele ba limithara tse ka bang 26* le bophara ba limithara tse ka bang 13.* 26 Ho ne ho e-na le litepisi tse supileng tse nyolohelang ho eona,+ foranta ea eona e ne e le ka pel’a tsona. E ne e e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema mahlakoreng ’ohle a lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng.
27 Lebala le ka hare le ne le e-na le keiti e shebileng ka boroa. O ile a metha ho tloha keiting e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe ka lehlakoreng le ka boroa, sebaka seo e ne e le limithara tse ka bang 52.* 28 Ka mor’a moo, o ile a nkisa lebaleng le ka hare ’me ra kena ka keiti e ka boroa. Ha a metha keiti e ka boroa, e ne e lekana le likeiti tse ling. 29 Likamore tsa eona tsa balebeli, lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng le foranta ea eona li ne li lekana le tse ling. Ho ne ho e-na le lifensetere mahlakoreng ’ohle a eona le foranteng ea eona ’me li ne li le bolelele ba limithara tse ka bang 26* le bophara ba limithara tse ka bang 13.*+ 30 Ho ne ho e-na le liforanta hohle ’me li le bolelele ba limithara tse ka bang 11* le bophara ba limithara tse ka bang tharo.* 31 Foranta ea eona e ne e shebile lebaleng le ka ntle ’me lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng li e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema+ ebile ho ne ho e-na le litepisi tse robeli tse nyolohelang ho eona.+
32 Ha a ntlisa ka har’a lebala le ka hare re tsoa ka bochabela, o ile a metha keiti ’me e ne e lekana le likeiti tse ling. 33 Likamore tsa eona tsa balebeli, lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng le foranta ea eona li ne li lekana le tse ling. Ho ne ho e-na le lifensetere mahlakoreng ’ohle a eona le foranteng ea eona, li ne li le bolelele ba limithara tse ka bang 26* le bophara ba limithara tse ka bang 13.* 34 Foranta ea eona e ne e shebile lebaleng le ka ntle ’me lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng li e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema ebile ho e-na le litepisi tse robeli tse nyolohelang ho eona.
35 Ka mor’a moo, a ntlisa keiting e ka leboea+ eaba oa e metha, e ne e lekana le likeiti tse ling. 36 Likamore tsa eona tsa balebeli, lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng le foranta ea eona li ne li lekana le tse ling. Ho ne ho e-na le lifensetere mahlakoreng ’ohle a eona. Li le bolelele ba limithara tse ka bang 26* le bophara ba limithara tse ka bang 13.* 37 Lipilara tsa eona tse ka mahlakoreng li ne li shebile lebaleng le ka ntle ’me li e-na le litšoantšo tsa sefate sa palema ebile ho e-na le litepisi tse robeli tse nyolohelang ho eona.
38 Kamore ea ho jela le monyako oa eona li ne li le pel’a lipilara tse ka mahlakoreng a likeiti moo ho neng ho hlatsoetsoa linyehelo tsa secheso tse feletseng.+
39 Ho ne ho e-na le litafole tse peli mahlakoreng ’ohle a foranta ea keiti moo ho hlabeloang liphoofolo tsa linyehelo tsa secheso tse feletseng,+ tsa linyehelo tsa sebe+ le tsa linyehelo tsa molato.+ 40 Ho ne ho e-na le litafole tse peli pel’a moo ho kenoang teng keiting e ka leboea. Ho ne ho boetse ho e-na le litafole tse peli lehlakoreng le leng la foranta ea keiti. 41 Ho e-na le litafole tse ’nè mahlakoreng ka bobeli a keiti ’me kaofela ha tsona li le robeli. Liphoofolo tsa mahlabelo li ne li hlabeloa ho tsona. 42 Litafole tse ’nè tseo ho neng ho etsetsoa linyehelo tsa secheso tse feletseng ho tsona li ne li entsoe ka majoe a betliloeng. Li ne li ka ba bolelele ba mithara,* bophara bo ka etsang mithara* le bophahamo bo ka etsang halofo ea mithara.* Holim’a tsona ho ne ho behoa lintho tse sebelisetsoang ho hlaba liphoofolo tsa linyehelo tsa secheso le tsa mahlabelo. 43 Maboteng a ka hare ho ne ho e-na le lishelefo tse bophara ba seatla. Nama ea liphoofolo tsa linyehelo tse fanoang e le mpho e ne e behoa holim’a litafole.
44 Ka ntle ho keiti e ka hare, ho ne ho e-na le likamore tsa ho jela tsa libini.+ Li le ka har’a lebala le ka hare pel’a keiti e ka leboea e shebileng ka boroa. Kamore e ’ngoe ea ho jela e ne e le pel’a keiti e ka bochabela e shebileng ka leboea.
45 O ile a re ho ’na: “Kamore ena ea ho jela e shebileng ka boroa ke ea baprista ba hlokomelang mosebetsi o etsoang tempeleng.+ 46 Kamore ea ho jela e shebileng ka leboea ke ea baprista ba hlokomelang mosebetsi o etsoang aletareng.+ Ke bara ba Tsadoke+ ba tsoang lelokong la Balevi ba neng ba fuoe mosebetsi oa ho tla ka pel’a Jehova ho tla mo sebeletsa.”+
47 O ile a metha lebala le ka hare ’me le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang 52* le bophara ba limithara tse ka bang 52* mahlakoreng ’ohle a lona a mane. Aletare e ne e le ka pel’a tempele.
48 Ka mor’a moo, o ile a nkisa foranteng ea tempele,+ a metha lipilara tse ka mahlakoreng a eona. E ne e le limithara tse ka bang tharo* lehlakoreng le ka nģ’ena le limithara tse ka bang tharo* lehlakoreng le ka nģ’ane. Bophara ba keiti bo ne bo ka etsa limithara tse peli* lehlakoreng le ka nģ’ena hape bo ka etsa limithara tse peli* lehlakoreng le ka nģ’ane.
49 Foranta e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang leshome* le bophara ba limithara tse ka bang tšelela.* Batho ba ne ba hloa litepisi ha ba kena ka ho eona. Mahlakoreng a lipalo ho ne ho e-na le lipilara lehlakoreng le ka nģ’ena le lehlakoreng le ka nģ’ane.+
41 O ile a nkisa sehalalelong* se ka ntle, a metha lipilara tse ka mahlakoreng. Li ne li le bophara ba limithara tse ka bang tharo* lehlakoreng le ka nģ’ena le limithara tse ka bang tharo* lehlakoreng le ka nģ’ane. 2 Monyako o ne o le bophara ba limithara tse ka bang hlano,* mabota a ka mahlakoreng* a monyako e le limithara tse ka bang tharo* lehlakoreng le ka nģ’ena le limithara tse ka holimonyana ho tse peli lehlakoreng le ka nģ’ane. Ha a metha bolelele ba sona, e ne e le limithara tse ka bang 21,* bophara ba sona e le limithara tse ka bang leshome.*
3 O ile a kena ka hare* a metha pilara e ka lehlakoreng la monyako, bophara ba eona bo ne bo ka etsa mithara* le bophara ba monyako e le limithara tse ka bang tharo.* Mabota a ka mahlakoreng a monyako a le* limithara tse ka bang ’nè.* 4 Ka mor’a moo, a metha kamore e shebaneng le sehalalelo se ka ntle, e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang leshome* le bophara ba limithara tse ka bang leshome.*+ Eaba o re ho ’na: “Sena ke Sehalalelisiso.”+
5 Ha a metha lebota la tempele, le ne le le bophara ba limithara tse ka bang tharo.* Likamore tse ka thoko ho potoloha tempele li ne li le bophara ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli.*+ 6 Likamore tse ka mahlakoreng e ne e le mekato e meraro ho ea holimo, mokato o mong le o mong o ne o e-na le likamore tse 30. Lebota la tempele le ne le entsoe ka tsela ea hore likamore tse ka mahlakoreng li be le moo li itšetlehang teng ntle le hore ho phunngoe masoba leboteng la tempele.+ 7 Mahlakoreng ka bobeli a tempele ho ne ho e-na le litepisi tse nyolohang tse neng li e-ba sephara ebile li etsa ntho e selika-likoe ha li ea holimo.+ Li ne li e-ba sephara ha li ntse li nyoloha ho tloha mokatong o ka tlase, o mahareng ho ea ho o ka holimo.
8 Ke ile ka bona sethala se phahameng ho potoloha tempele, metheo ea likamore tse mahlakoreng e ne e le limithara tse ka bang tharo* tsa thupa e methang ho ea fihla k’honeng. 9 Bophara ba lebota le ka ntle la likamore tse mahlakoreng e ne e le limithara tse ka bang tharo.* Ho ne ho e-na le sebaka se bulehileng* pel’a likamore tse mahlakoreng tseo e neng e le karolo ea tempele.
10 Lipakeng tsa tempele le likamore tsa ho jela*+ ho ne ho e-na le sebaka se bophara ba limithara tse ka bang leshome* mahlakoreng ka bobeli. 11 Sebakeng se bulehileng ho ne ho e-na le menyako e ’meli e eang likamoreng tse mahlakoreng, o mong o le ka leboea ’me o mong o le ka boroa. Bophara ba sebaka seo se bulehileng kaofela e ne e le limithara tse ka bang tharo.*
12 Mohaho o neng o le ka bophirimela o shebileng sebakeng se bulehileng, o ne o le bophara ba limithara tse ka bang 36* le bolelele ba limithara tse ka bang 47.* Bophara ba lebota la mohaho oo kaofela e ne e le limithara tse ka bang tharo.*
13 Ha a metha tempele, e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang 52.* Sebaka se bulehileng, mohaho le mabota a oona le tsona li le bolelele ba limithara tse ka bang 52.* 14 Bophara ba sebaka se ka pel’a tempele se shebileng ka bochabela le sebaka se bulehileng, e ne e le limithara tse ka bang 52.*
15 Ha a metha bolelele ba mohaho o neng o shebane le karolo e ka morao ea sebaka se bulehileng hammoho le liphaseje tsa oona tse ka mahlakoreng, e ne e le limithara tse ka bang 52.*
A boela a metha sehalalelo se ka ntle, sehalalelo se ka hare,+ liforanta tse lebaleng, 16 menyako, lifensetere tse kholo ka hare empa ka ntle li le nyenyane+ hammoho le liphaseje tse neng li le libakeng tseo tse tharo. Pel’a monyako, ho ne ho kentsoe mapolanka+ ho tloha fatše ho ea lifensetereng. Lifensetere li ne li koahetsoe. 17 Ho ile ha methoa karolo e ka holimo ea monyako, karolo e ka hare le e ka ntle ea tempele hammoho le lebota lohle. 18 Ho ne ho e-na le likerubime+ le litšoantšo tsa sefate sa palema.+ Setšoantšo sa sefate sa palema se ne se le lipakeng tsa likerubime tse peli ’me likerubime tseo ka bobeli li ne li e-na le lifahleho tse peli. 19 Lehlakore la kerubime le neng le e-na le sefahleho sa motho le ne le shebile ka sefateng sa palema, lehlakore le leng le neng le e-na le sefahleho sa tau* le shebile ka lehlakoreng le leng la sefate sa palema.+ Li ne li entsoe joalo ho potoloha tempele. 20 Maboteng a sehalalelo ho tloha fatše ho ea holim’a monyako ho ne ho e-na le litšoantšo tsa likerubime le tsa sefate sa palema.
21 Likosene tsa monyako* oa sehalalelo li ne li e-na le mahlakore a mane a lekanang.+ Ka pel’a sebaka se halalelang* ho ne ho e-na le ntho e kang 22 aletare ea lepolanka+ e bophahamo ba mithara le halofo* le bolelele bo ka etsang mithara.* E ne e e-na le lipalo lik’honeng ’me ka tlase* le mahlakoreng e entsoe ka lepolanka. Monna eo o ile a re ho ’na: “Ena ke tafole e ka pel’a Jehova.”+
23 Sehalalelo se ka ntle le sebaka se halalelang ka bobeli li ne li e-na le mamati a mabeli.+ 24 Menyako eo ka bobeli e ne e e-na le mamati a mabeli a khonang ho bulehela ka ntle le ka hare. 25 Ho ne ho e-na le litšoantšo tsa likerubime le tsa sefate sa palema mamating a sehalalelo, tse joaloka tse maboteng.+ Ho ne ho boetse ho e-na le marulelo* a lepolanka ka pel’a foranta e ka ntle. 26 Mahlakoreng ka bobeli a foranta ho ne ho e-na le lifensetere tse kholo ka hare empa ka ntle li le nyenyane+ le litšoantšo tsa sefate sa palema, li ne li boetse li le teng likamoreng tse mahlakoreng a tempele le marulelong a lepolanka.
42 Ka mor’a moo, a nkisa lebaleng le ka ntle le ka leboea.+ A nkisa mohahong oa likamore tsa ho jela o pel’a sebaka se bulehileng,+ o ka leboea pel’a mohaho.+ 2 Bolelele ba monyako oa oona o ka leboea e ne e le limithara tse ka bang 52* le bophara ba limithara tse ka bang 26.* 3 O ne o le lipakeng tsa lebala le katiloeng ka majoe le ka ntle le lebala le ka hare le neng le le bophara ba limithara tse ka bang leshome.*+ Liphaseje tsa oona li ne li shebane ebile o e-na le mekato e meraro e eang holimo. 4 Ka pel’a likamore tsa ho jela* ho ne ho e-na le tsela e ka hare+ e bophara ba limithara tse ka bang hlano* le bolelele ba limithara tse ka bang 52,* menyako ea tsona e ne e le ka leboea. 5 Likamore tsa ho jela tse mokatong o ka holimo li ne li le nyenyane ho feta tse mokatong o mahareng le o ka tlase hobane liphaseje li ne li nkile sebaka se seholo. 6 Li ne li le mekatong e meraro empa li ne li sa tšoane le mabala hobane li ne li se na lipilara. Ka lebaka leo, li ne li se na sebaka se seholo se joaloka se mokatong o mahareng le o ka tlase.
7 Lerako le ka ntle le entsoeng ka majoe, le pel’a likamore tsa ho jela tse haufi le lebala le ka ntle le shebaneng le likamore tse ling tsa ho jela, le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang 26.* 8 Bolelele ba likamore tsa ho jela tse neng li le haufi le lebala le ka ntle e ne e le limithara tse ka bang 26* empa tse shebaneng le sehalalelo e le limithara tse ka bang 52.* 9 Ho ne ho e-na le tsela e ka bochabela e kenang ka likamoreng tsa ho jela, e hlaha lebaleng le ka ntle.
10 Ho ne ho boetse ho e-na le likamore tsa ho jela ka har’a* lerako la majoe le lebaleng ho elella ka bochabela, pel’a mohaho le sebaka se bulehileng.+ 11 Ho ne ho e-na le tsela ka pel’a tsona e tšoanang le e ka likamoreng tsa ho jela tse ka leboea.+ Li ne li lekana ka bolelele le bophara, li e-na le menyako ea ho tsoa e tšoanang ebile li entsoe ka tsela e tšoanang. Menyako ea tsona 12 e ne e le joaloka ea likamore tsa ho jela tse neng li le lehlakoreng le ka boroa. Ho ne ho e-na le monyako moo tsela e qalang teng pel’a lerako la majoe le ka bochabela, motho o ne a ka khona ho kena ka eona.+
13 O ile a re ho ’na: “Likamore tsa ho jela tse ka leboea le tse ka boroa tse pel’a sebaka se bulehileng+ ke likamore tsa ho jela tse halalelang, tseo baprista ba tlang ka pel’a Jehova ba jellang linyehelo tse halalelang ka ho fetisisa ho tsona.+ Ke moo ba behang linyehelo tse halalelang ka ho fetisisa e leng nyehelo ea lijo,* nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato hobane sebaka seo sea halalela.+ 14 Ha baprista ba kena, ha baa lokela ho tsoa sebakeng se halalelang ho ea lebaleng le ka ntle pele ba hlobola liaparo tseo ba sebetsang ka tsona+ hobane lia halalela. Ba lokela ho apara liaparo tse ling ha ba ea libakeng tseo batho ba bang ba lumeletsoeng ho ea ho tsona.”
15 Ha a qeta ho metha karolo e ka hare ea tempele,* a tsoa le ’na ka keiti e shebileng ka bochabela+ eaba o metha sebaka seo kaofela.
16 O ile a metha lehlakore le ka bochabela ka thupa e methang.* Bolelele ba lona e ne e le lithupa tse methang tse 500 ho tloha lehlakoreng lena ho ea ho le ka nģ’ane.
17 O ile a metha lehlakore le ka leboea ’me ho ea ka thupa e methang, bolelele ba lona e ne e le lithupa tse methang tse 500.
18 O ile a metha lehlakore le ka boroa ’me ho ea ka thupa e methang, bolelele ba lona e ne e le lithupa tse methang tse 500.
19 O ile a potoloha a ea ka lehlakoreng le ka bophirimela. A le metha ’me bolelele ba lona e ne e le lithupa tse methang tse 500.
20 O ile a metha mahlakore a mane a sebaka seo. Se ne se e-na le lerako ho potoloha,+ le neng le le bolelele ba lithupa tse methang tse 500 le bophara ba lithupa tse methang tse 500,+ le ne le arola sebaka se halalelang le se sa halaleleng.+
43 O ile a nkisa keiting e shebileng ka bochabela.+ 2 Ha ke le moo, ka bona khanya ea Molimo oa Iseraele e hlaha ka bochabela,+ molumo oa lentsoe la hae o ne o le joaloka molumo oa metsi a mangata+ ’me lefatše le ile la tlala khanya ea hae.+ 3 Pono ena e ne e tšoana le pono eo ke ileng ka e bona ha ke ne ke* tl’o felisa motse, e ne e tšoana le ntho eo ke ileng ka e bona nokeng ea Kebare.+ Ke ile ka khumama fatše ke inamisitse hlooho.
4 Khanya ea Jehova e ile ea kena ka tempeleng* ka keiti e shebileng ka bochabela.+ 5 Moea* o ile oa nkuka oa nkisa lebaleng le ka hare, ka bona tempele e tletse khanya ea Jehova.+ 6 Ka utloa motho a bua le ’na a le ka tempeleng eaba motho eo oa tla ’me o ema pel’a ka.+ 7 O ile a re ho ’na:
“Mor’a motho, sena ke sebaka sa terone ea ka+ le seo ke behang maoto a ka ho sona,+ ke moo ke tla lula teng har’a sechaba sa Iseraele ka ho sa feleng.+ Baiseraele le marena a bona ha ba sa tla hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang+ ka ho se ntšepahalle* le ka litopo tsa marena a bona. 8 Ba ile ba beha monyako oa bona pel’a monyako oa ka le kosene ea monyako oa bona pel’a kosene ea monyako oa ka e le hore ho be le lebota feela lipakeng tsa ka le bona.+ Ba ile ba silafatsa lebitso la ka le halalelang ka lintho tse nyonyehang tseo ba neng ba li etsa. Kahoo, ke ile ka ba felisa ke halefile.+ 9 Ba ke ba khaotse ho se ntšepahalle ba be ba tlose litopo tsa marena a bona ba li ise hole le ’na ’me ke tla lula har’a bona ka ho sa feleng.+
10 Mor’a motho, hlalosetsa Baiseraele hore na tempele e entsoe joang+ e le hore ba tle ba soabele liphoso tsa bona.+ Ba lokela ho ithuta hore na e entsoe joang.* 11 Haeba ba soabela lintho tsohle tseo ba li entseng, u lokela ho ba bontša polane ea motheo oa tempele, tsela eo e entsoeng ka eona le menyako ea eona e tsoang le e kenang.+ U ba bontše melao le litaelo tsa polane eohle ea motheo, u li ngole fatše ba ntse ba u bona e le hore ba ka li mamela le ho li latela.+ 12 Ona ke molao oa tempele. Sebaka sohle se potolohileng karolo e ka holimo ea thaba ke sona se halalelang ka ho fetisisa.+ Ona ke molao oa tempele.
13 Tsena ke litekanyo tsa aletare ka limithara*+ (halofong e ’ngoe le e ’ngoe ea mithara* ho ile ha eketsoa tekanyo ea bophara ba seatla).* Karolo e ka tlase ea eona e ne e ka ba halofo ea mithara le bophara ba eona e ka ba halofo ea mithara. E ne e e-na le moeli ho potoloha karolo e ka thoko ’me o ne o ka etsa bophara ba lisenthimithara tse ka bang 22.* Ena ke karolo e ka tlase ea aletare. 14 Ho tloha karolong e ka tlase ho ea sethaleng sa pele se potolohileng, e ne e ka ba ka holimonyana ho mithara* ’me bophara ba eona e ka ba halofo ea mithara.* Ho tloha sethaleng se senyenyane se e potolohileng ho ea sethaleng se seholo se e potolohileng, e ne e ka ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli* ’me bophara ba eona e ka ba halofo ea mithara.* 15 Leifo la aletare le ne le le bophahamo ba limithara tse ka holimonyana ho tse peli* ebile le e-na le manaka a mane a shebileng holimo.+ 16 Leifo la aletare le ne le e-na le mahlakore a mane a lekanang, bolelele ba lona e le limithara tse ka holimonyana ho tse tšeletseng* le bophara ba lona e le limithara tse ka holimonyana ho tse tšeletseng.*+ 17 Mahlakore a mane a potolohileng sethala a ne a le bolelele ba limithara tse ka holimonyana ho tse supileng* le bophara ba limithara tse ka holimonyana ho tse supileng,* moeli o se potolohileng e ne e ka ba lisenthimithara tse 26* le mahlakore ’ohle a karolo ea sona e ka tlase e ka ba halofo ea mithara.*
“Litepisi tsa sona li ne li shebile ka bochabela.”
18 A re ho ’na: “Mor’a motho, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Tsena ke litaelo tse lokelang ho lateloa ha ho etsoa aletare e le hore ho etsetsoe linyehelo tsa secheso ho eona ho be ho fafatsoe mali ho eona.’+
19 ‘U fane ka pohoana e tsoang mohlapeng e le nyehelo ea sebe+ ho baprista ba Balevi bao e leng litloholo tsa Tsadoke+ ba tlang ka pel’a ka ho tla ntšebeletsa,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 20 U nke a mang a mali a eona u a tlotse manakeng a mane a aletare, lik’honeng tse ’nè tse potolohileng sethala le ho potoloha moeli e le ho hloekisa aletare sebeng le ho e etsetsa sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+ 21 Ka mor’a moo, u nke pohoana ea nyehelo ea sebe e le hore e chesetsoe sebakeng se khethiloeng sa tempele, ka ntle ho sehalalelo.+ 22 Ka letsatsi la bobeli, u fane ka phooko* e phetseng hantle e le nyehelo ea sebe. Baprista ba tla hloekisa aletare sebeng joalokaha ba ile ba e hloekisa sebeng ka pohoana.’
23 Ha u qeta ho e hloekisa sebeng, u nyehele pohoana e phetseng hantle le ramo e phetseng hantle ho tsoa mohlapeng. 24 U li hlahise ka pel’a Jehova ’me baprista ba li tšele ka letsoai+ ebe ba li nyehela e le nyehelo ea secheso e feletseng ho Jehova. 25 Letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng, u fane ka phooko e le nyehelo ea sebe+ hammoho le pohoana le ramo e tsoang mohlapeng, e be tse phetseng hantle.* 26 Baprista ba tla etsetsa aletare sehlabelo sa tšoarelo ea libe ka matsatsi a supileng, ba tla e hloekisa ba be ba e lokisetse ho sebelisoa. 27 Ha matsatsi ao a fetile, ka letsatsi la borobeli,+ baprista ba tla etsa linyehelo aletareng ka linyehelo tsa lona tsa secheso tse feletseng le mahlabelo a kopanetsoeng ’me le tla nthabisa,+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”
44 O ile a nkhutlisa ka keiti e ka ntle ea sehalalelo e shebileng ka bochabela+ ’me e ne e koetsoe.+ 2 Jehova a re ho ’na: “Keiti ena e tla lula e koetsoe. Ha ea lokela ho buloa ’me ha ho na motho ea lokelang ho kena ka eona hobane Jehova Molimo oa Iseraele o kene ka eona.+ Kahoo, e lokela ho lula e koetsoe. 3 Empa khosana e tla kena ka eona, e lule ’me e je lijo ka pel’a Jehova+ hobane ke khosana. E tla kena ka tsela ea foranta ea keiti e be e tsoe ka eona.”+
4 A ntlisa ka pel’a tempele ka keiti e ka leboea. Ka bona khanya ea Jehova e tletse tempele ea Jehova+ eaba ke khumama fatše ke inamisitse hlooho.+ 5 Jehova a re ho ’na: “Mor’a motho, hlokomela, shebisisa ’me u mamele ka hloko lintho tsohle tseo ke tla u bolella tsona ka melao le litaelo tsa tempele ea Jehova. U shebe ka hloko tsela e kenang ka tempeleng le litsela tsohle tse tsoang ka sehalalelong.+ 6 U bolelle Baiseraele ba sa mameleng hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona Baiseraele, lintho tse nyonyehang tseo le li etsang li se li lekane. 7 Balichaba bao le ba tlisang ka sehalalelong sa ka ba lipelo li mpe ebile ba sa bolla, ba silafatsa tempele ea ka. Le ntlisetsa bohobe, mafura le mali empa le ntse le tlola selekane sa ka ka lintho tsohle tse nyonyehang tseo le li etsang. 8 Ha lea hlokomela lintho tsa ka tse halalelang.+ Ho e-na le hoo, le fa batho ba bang boikarabelo ba ho hlokomela mosebetsi o etsoang sehalalelong sa ka.’
9 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ha ho na molichaba ea lulang Iseraele ea sa bollang le ea pelo e mpe ea ka kenang ka sehalalelong sa ka.
10 Balevi ba ileng ba ntahla+ ha Baiseraele ba ntahla e le hore ba rapele litšoantšo tsa bona tse nyonyehang,* ba tla fumana litla-morao tsa lintho tse mpe tseo ba li entseng. 11 Ba tla sebetsa sehalalelong sa ka ba hlokomele likeiti tsa tempele+ ba be ba sebetse tempeleng. Ba tla hlabela batho liphoofolo tsa nyehelo ea secheso e feletseng le tsa sehlabelo ’me ba tla ema ka pel’a batho hore ba ba sebeletse. 12 Ke ile ka ikana hore ke tla ba ahlola le hore ba tla fumana litla-morao tsa lintho tse mpe tseo ba li entseng kaha ba ile ba sebeletsa Baiseraele ba ba thusa ho rapela litšoantšo tsa bona tse nyonyehang ’me ba etsa hore ba etse sebe,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 13 ‘Ba ke ke ba tla ka pel’a ka ho tla sebeletsa e le baprista ba ka kapa ba atamela ntho leha e le efe ea ka e halalelang kapa e halalelang ka ho fetisisa ’me ba tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la lintho tse nyonyehang tseo ba li entseng. 14 Empa ke tla etsa hore ba hlokomele mesebetsi e etsoang tempeleng, ba tla hlokomela mesebetsi eohle e lokelang ho etsoa ho eona.+
15 Ha e le baprista ba Balevi e leng bara ba Tsadoke+ ba ileng ba hlokomela sehalalelo sa ka ha Baiseraele ba ne ba ntahlile,+ ba tla tla ka pel’a ka hore ba ntšebeletse ’me ba tla ema ka pel’a ka hore ba ntlisetse mafura+ le mali,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 16 ‘Ke bona ba tla kena ka sehalalelong sa ka ’me ba tle tafoleng ea ka hore ba ntšebeletse+ ba be ba etse mesebetsi eo ba lokelang ho nketsetsa eona.+
17 Ha ba kena likeiting tsa lebala le ka hare, ba lokela ho apara liaparo tsa line.+ Ha ba sebeletsa likeiting tsa lebala le ka hare kapa ka har’a lona, ha baa lokela ho apara ntho leha e le efe e entsoeng ka ulu. 18 Ba roale lituku tsa line hloohong, ba apare le marikhoe a makhutšoanyane a line a koahelang matheka.+ Ba se ke ba apara letho le etsang hore ba fufuleloe. 19 Pele ba ea ka lebaleng le ka ntle moo ho nang le batho, ba lokela ho hlobola liaparo tseo ba neng ba li apere ha ba ne ba sebetsa+ ’me ba li behe ka likamoreng tsa ho jela tse halalelang.*+ Ba apare liaparo tse ling e le hore ba se ke ba fetisetsa ho halalela* ho batho ba bang ka liaparo tseo. 20 Ba se ke ba kuta+ kapa ba tlohela moriri oa bona hore o be molelele haholo. Ba o fokotse feela. 21 Baprista ha baa lokela ho noa veine ha ba kena lebaleng le ka hare.+ 22 Ha baa lokela ho nyala mohlolohali kapa mosali ea hlaliloeng.+ Empa ba ka nyala moroetsana oa Moiseraele kapa mohlolohali eo monna oa hae e neng e le moprista.+
23 Ba lokela ho ruta batho ba ka hore na ntho e halalelang le e sa halaleleng ke efe. Ba ba rute hore na ntho e hloekileng le e sa hloekang ke efe.+ 24 Ba lokela ho ahlola linyeoe.+ Ba ahlole ho latela melao ea ka.+ Ba lokela ho mamela melao ea ka le litaelo tsa ka mabapi le mekete eohle ea ka+ ba be ba halaletse lisabatha tsa ka. 25 Ha baa lokela ho atamela motho ea shoeleng hobane ba tla silafala. Leha ho le joalo, ba ka silafatsoa ke bo-ntate ba bona, bo-’mè, bara, barali, bana ba bo bona kapa likhaitseli tsa bona tse sa nyaloang.+ 26 Ka mor’a hore moprista a itlhoekise, o lokela ho ema matsatsi a supileng pele a etsa mosebetsi oa boprista. 27 Letsatsing leo ka lona a kenang lebaleng le ka hare ho ea sebeletsa sebakeng se halalelang, o lokela ho tlisa nyehelo ea hae ea sebe,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
28 ‘Ke ’na lefa la bona.+ Le se ke la ba fa lefa Iseraele hobane ke ’na lefa la bona. 29 Ke bona ba tla ja nyehelo ea lijo,+ nyehelo ea sebe le nyehelo ea molato+ ebile lintho tsohle tse filoeng Molimo Iseraele e tla ba tsa bona.+ 30 Litholoana tsohle tsa pele tse butsoitseng le menehelo ea mefuta eohle e tsoang ho lona e tla ba ea baprista.+ Le lokela ho fa baprista phofo* ea pele ea lijo* tsa lona tse kotutsoeng pele.+ Ha le etsa joalo, malapa a lona a tla lula a hlohonolofatsoa.+ 31 Baprista ha baa lokela ho ja nama ea nonyana kapa ea phoofolo e fumanoeng e shoele kapa e bolailoeng ke phoofolo e ’ngoe.’+
45 Ha le arola naha e le lefa,+ le lokela ho fa Jehova karolo e halalelang ea naha e le monehelo.+ Bolelele ba eona e be lik’hilomithara tse ka bang 13* le bophara ba eona e be lik’hilomithara tse ka bang hlano.*+ Sebaka seo kaofela* e tla ba karolo e halalelang. 2 Ka har’a sebaka sena, ho tla ba le sebaka se halalelang se nang le mahlakore a mane a lekanang.+ Lehlakore ka leng e tla ba limithara tse ka bang 260* ebile se tla ba le sebaka seo liphoofolo li ka fulang ho sona se etsang limithara tse ka bang 26* mahlakoreng ’ohle.+ 3 Sebakeng seo u boele u methe sebaka se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* le bophara ba lik’hilomithara tse ka bang hlano.* Ka har’a sona e tla ba sehalalelo e leng ntho e halalelang ka ho fetisisa. 4 E tla ba karolo e halalelang ea naha e tla fuoa baprista+ ba sebeletsang sehalalelong, ba tlang ka pel’a Jehova e le hore ba mo sebeletse.+ Ke moo matlo a bona le sebaka se halalelang sa tempele li tla ba teng.
5 Balevi ba sebeletsang tempeleng ba tla fuoa karolo ea naha e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* le bophara ba lik’hilomithara tse ka bang hlano.*+ Ba tla boela ba fuoe likamore tsa ho jela tse 20.*+
6 Le fe motse lefa la sebaka se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* (se lekanang le monehelo o halalelang) le se bophara ba lik’hilomithara tse ka bang peli le halofo.*+ E tla ba sa Baiseraele bohle.
7 Khosana e fuoe sebaka se ka mahlakoreng a mabeli a monehelo o halalelang le a sebaka se fuoeng motse. Se tla ba pel’a monehelo o halalelang le pel’a sebaka se fuoeng motse. Se tla ba lehlakoreng le ka bophirimela le le ka bochabela. Bolelele ba sona ho tloha moeling o ka bophirimela ho ea moeling o ka bochabela bo tla lekana le karolo e ’ngoe ea maloko.+ 8 Karolo ena e tla ba lefa la hae naheng ea Iseraele. Likhosana tsa ka ha li sa tla hlola li sotla sechaba sa ka sa Iseraele+ ebile li tla se fa naha ho ea ka maloko a sona.’+
9 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Lona likhosana tsa Iseraele, joale le se le feteletse.
Tlohelang ntoa le ho hatella batho ’me le etse lintho hantle le be le tšoare batho ka toka.+ Tlohelang ho nkela batho ba ka libaka tsa bona,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong. 10 ‘Le sebelise likala tse tšepahalang. Le sebelise tekanyo e nepahetseng ea lintho tse ommeng le tse metsi.+ 11 Le be le tekanyo e le ’ngoe ea lintho tse ommeng* le tse metsi.* Tekanyo ea lintho tse metsi e lokela ho ba lilithara tse 22* le tekanyo ea lintho tse ommeng e be lilithara tse 22.* Tekanyo ea lilithara tse 220* e be eona e sebelisoang ha ho methoa. 12 Tekanyo e sebelisoang*+ e lekane le likramo tse ka bang 11.* Bakeng sa lona, mane* e le ’ngoe e lekane le likramo tse 684.*
13 Ona ke monehelo oo le lokelang ho o ntša: Le ntše lilithara tse ka bang ’nè* ho tse 220* tsa koro le lilithara tse ka bang ’nè ho tse 220 tsa harese. 14 Oli e lokela ho lekanngoa ho ea ka tekanyo e tšelang lilithara tse 22.* Tekanyo ea lintho tse metsi ke lilithara tse 22.* Lilithara tse 22 ha li atisoa haleshome li etsa lilithara tse 220.* 15 Mohlapeng oa Iseraele, ho fanoe ka nku e le ’ngoe ho tse 200. E fanoe e le nyehelo ea lijo,*+ nyehelo ea secheso e feletseng+ le mahlabelo a kopanetsoeng+ e le hore ho etsetsoe batho sehlabelo sa ho tšoareloa libe,’+ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
16 ‘Batho bohle naheng ba fe khosana ea Iseraele monehelo ona.+ 17 Empa khosana ea Iseraele ke eona e tla fana ka liphoofolo tsa nyehelo ea secheso e feletseng,+ nyehelo ea lijo+ le nyehelo ea lino ha ho etsoa mekete+ e leng mokete oa ha khoeli e qala, lisabatha+ le mekete eohle ea Baiseraele.+ Ke eena ea tla etsa nyehelo ea sebe, nyehelo ea lijo, nyehelo ea secheso e feletseng le mahlabelo a kopanetsoeng e le hore a etsetse Baiseraele sehlabelo sa ho tšoareloa libe.’
18 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, u nke pohoana e phetseng hantle mohlapeng ’me u hloekise sehalalelo sebeng.+ 19 Moprista a nke a mang a mali a nyehelo ea sebe a a tlotse koseneng ea monyako oa tempele,+ lik’honeng tse ’nè tse potolohileng sethala sa aletare le koseneng ea keiti ea lebala le ka hare. 20 U etse lintho tsena ka letsatsi la bosupa la khoeli haeba motho a etsa sebe ka phoso kapa ka boomo.+ U etsetse tempele sehlabelo sa ho tšoareloa libe.+
21 Ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele, le keteke mokete oa Paseka.+ Le je bohobe bo se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 22 Letsatsing leo, khosana e tla fana ka pohoana e le nyehelo ea sebe bakeng sa hae le batho bohle ba naha.+ 23 Matsatsing a supileng a mokete e tla fa Jehova lipohoana tse supileng tse phetseng hantle, liramo tse supileng tse phetseng hantle e le nyehelo ea secheso e feletseng letsatsi le leng le le leng matsatsing ao a supileng.+ E fane le ka phooko* letsatsi le leng le le leng e le nyehelo ea sebe. 24 Pohoana ka ’ngoe e tsamaee le lilithara tse 22* tsa nyehelo ea lijo le lilithara tse ka bang ’nè tsa oli.* Ramo ka ’ngoe le eona e tsamaee le lilithara tse 22 tsa nyehelo ea lijo le lilithara tse ka bang ’nè tsa oli.
25 Ka letsatsi la bo15 la khoeli ea bosupa, ka matsatsi a supileng nakong ea mokete,+ khosana e lokela ho fana ka nyehelo ea sebe e tšoanang, ea secheso e feletseng, ea lijo le oli.’
46 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Keiti ea lebala le ka hare e shebileng bochabela+ e lokela ho lula e koetsoe+ ka matsatsi a tšeletseng ao ho sebetsoang ka ’ona+ empa e lokela ho buloa ka letsatsi la Sabatha le ka letsatsi la mokete oa ha khoeli e qala. 2 Khosana e tla kena ka tsela ea foranta ea keiti+ e tsoa ka ntle ebe e ema pel’a likosene tsa keiti. Baprista ba fane ka nyehelo ea khosana ea secheso e feletseng le mahlabelo a eona a kopanetsoeng ’me e khumame monyako oa keiti ebe ea tsoa. Keiti ha ea lokela ho koaloa ho fihlela mantsiboea. 3 Batho ba naha le bona ba tla khumama ka pel’a Jehova monyako oa keiti ka Lisabatha le ka mekete ea ha khoeli e qala.+
4 Nyehelo ea secheso e feletseng eo khosana e tla e tlisa ho Jehova ka letsatsi la Sabatha e lokela ho ba ea likonyana tse tona tse tšeletseng tse phetseng hantle le ramo e phetseng hantle.+ 5 Nyehelo ea lijo e tla ba lilithara tse 22* bakeng sa ramo le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a khonang ho fana ka eona bakeng sa likonyana tse tona hammoho le lilithara tse tharo le halofo* tsa oli tse ntšoang le lilithara tse 22* tsa nyehelo ea lijo.+ 6 Letsatsing la mokete oa ha khoeli e qala, nyehelo e tla etsoa ka pohoana e tsoang mohlapeng, likonyana tse tšeletseng tse tona le ramo. Kaofela ha tsona e lokela ho ba tse phetseng hantle.+ 7 Khosana e lokela ho fana ka lilithara tse 22* tsa nyehelo ea lijo bakeng sa pohoana, lilithara tse 22* bakeng sa ramo le ntho leha e le efe eo e khonang ho e ntša bakeng sa likonyana tse tona. E boetse e lokela ho ntša lilithara tse tharo le halofo tsa oli tse ntšoang le lilithara tse 22 tsa nyehelo ea lijo.
8 Ha khosana e kena, e lokela ho kena ka tsela ea foranta ea keiti e be e tsoe ka eona.+ 9 Nakong ea mekete ha batho ba naha ba tla ka pel’a Jehova,+ ba tlileng ho tla mo rapela ba kenang ka keiti e ka leboea+ ba lokela ho tsoa ka keiti e ka boroa+ ’me ba keneng ka keiti e ka boroa ba tsoe ka keiti e ka leboea. Ha ho na motho ea lokelang ho tsoa ka keiti eo a keneng ka eona empa o lokela ho tsoa ka keiti e shebaneng le eo a keneng ka eona. 10 Khosana e nang le bona e lokela ho kena ha ba kena ’me e tsoe ha ba tsoa. 11 Meketeng le ka linako tsa mekete, nyehelo ea lijo e lokela ho ba lilithara tse 22* bakeng sa pohoana, lilithara tse 22* bakeng sa ramo le ntho leha e le efe eo e khonang ho e ntša bakeng sa likonyana tse tona hammoho le lilithara tse tharo le halofo* tsa oli tse ntšoang le lilithara tse 22 tsa nyehelo ea lijo.+
12 Haeba khosana e fa Jehova nyehelo ea secheso e feletseng+ kapa mahlabelo a kopanetsoeng e le nyehelo ea boithaopo, e tla buleloa keiti e shebileng ka bochabela. E tla fana ka nyehelo ea eona ea secheso e feletseng le mahlabelo a eona a kopanetsoeng feela joalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha.+ Ka mor’a hore khosana e tsoe, keiti e lokela ho koaloa.+
13 Letsatsi le leng le le leng, u lokela ho fa Jehova konyana e tona e phetseng hantle e nang le selemo e le nyehelo ea secheso e feletseng.+ U etse sena hoseng ho hong le ho hong. 14 E tlisoe le hoseng ho hong le ho hong le lilithara tse ka bang 13* tsa nyehelo ea lijo* le oli e ka holimonyana ho lithara e le ’ngoe* e tla fafatsoa holim’a phofo e sitsoeng hantle e le nyehelo ea lijo ea kamehla bakeng sa Jehova. Ona ke molao o tla lula o le teng. 15 Ba fane ka konyana e tona, nyehelo ea lijo le oli hoseng ho hong le ho hong e le nyehelo ea secheso e feletseng ea kamehla.’
16 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Haeba khosana e fa e mong le e mong oa bara ba eona sebaka e le mpho, sebaka seo e tla ba sa bara ba eona. Ke lefa la bona. 17 Empa haeba e fa e mong oa bahlanka ba eona sebaka e le lefa, e tla ba sa hae ho fihlela ka selemo sa tokoloho+ ebe ka mor’a moo se khutlela ho khosana. Ke lefa la bana ba eona feela le tla lula e le la bona. 18 Khosana ha ea lokela ho nkela batho lefa la bona ka ho ba qobella hore ba tlohe libakeng tsa bona. E lokela ho fa bara ba eona lefa ho tsoa libakeng tsa eona e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea lelekoang sebakeng sa hae.’”
19 A ntlisa ka tsela e kenang+ e pel’a keiti e eang likamoreng* tsa ho jela tse halalelang tsa baprista tse neng li shebile ka leboea,+ ka mor’a tsona ke ile ka bona sebaka ka bophirimela. 20 O ile a re ho ’na: “Sena ke sebaka seo baprista ba tla belisetsa nyehelo ea molato le nyehelo ea sebe ba be ba bake le nyehelo ea lijo ho sona+ e le hore ba se ke ba nka letho ha ba ea lebaleng le ka ntle eaba ba fetisetsa ho halalela* ho sechaba.”+
21 O ile a ntlisa lebaleng le ka ntle eaba o mphetisa lik’honeng tse ’nè tsa lebala, ke ile ka bona lebala lik’honeng tsohle tsa lebala le ka ntle. 22 Lik’honeng tse ’nè tsa lebala ho ne ho e-na le mabala a manyenyane a bolelele ba limithara tse ka bang 21* le bophara ba limithara tse ka bang 16.* Kaofela ha ’ona a le mane a ne a lekana.* 23 Ho ne ho e-na le lithala* ho potoloha mabala ao a mane ’me tlas’a tsona ho ne ho hahiloe libaka tseo ho belisetsoang linyehelo ho tsona. 24 A re ho ’na: “Batho ba sebetsang tempeleng ba belisetsa mahlabelo a tsoang ho sechaba matlong ana.”+
47 O ile a nkhutlisetsa moo ho kenoang teng tempeleng,+ moo ke ile ka bona metsi a phallela ka bochabela a tsoa tlas’a monyako oa tempele+ hobane karolo e ka pele ea tempele e ne e shebile ka bochabela. Metsi ao a ne a phallela tlase a tsoa ka tlas’a lehlakore le letona la tempele, ka boroa ho aletare.
2 O ile a tsoa le ’na ka tsela ea keiti e ka leboea+ a nkisa ka ntle eaba re potoloha keiti e ka ntle e shebileng ka bochabela.+ Ke ile ka bona metsi a phalla hanyenyane ho tloha ka lehlakoreng le letona.
3 Ha monna eo a tsoa a ea ka bochabela, a tšoere khoele e methang,+ o ile a metha limithara tse ka bang 518* eaba o ntšelisa metsing ao. A ne a fihla maqaqailaneng.
4 O ile a metha limithara tse ling tse ka bang 518* eaba o re ke tšele ’me metsi ao a ne a fihla mangoleng.
O ile a boela a metha limithara tse ling tse ka bang 518* eaba o re ke tšele ’me metsi a ne a se a fihla thekeng.
5 Ha a metha limithara tse ling tse ka bang 518,* e ne e le metsi a tebileng hoo ke neng ke sa khone ho tšela. Metsi ao a ne a le mangata hoo motho a neng a tla lokela ho sesa. O ne a ke ke a khona ho tšela ka maoto.
6 O ile a re ho ’na: “Mor’a motho, na u kile oa bona ntho e tjee?”
Eaba oa ntsamaisa o nkhutlisetsa lebopong la noka. 7 Ha ke khutla, ka bona lifate tse ngata haholo ka mahlakoreng a mabeli a lebopo la noka.+ 8 A re ho ’na: “Metsi ana a phallela sebakeng se ka bochabela ’me a feta le Araba*+ ebe a kena ka leoatleng. Ha a kena ka leoatleng,+ metsi a lona a tla hloeka. 9 Libopuoa tse ngata li tla khona ho phela hohle moo metsi* ao a phallelang teng. Ho tla ba le litlhapi tse ngata hobane metsi a tla phalla moo. Metsi a leoatle a tla hloeka ’me hohle moo metsi ao a fihlang teng ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla phela.
10 Batšoasi ba litlhapi ba tla ema pel’a lona ho tloha Ene-gedi+ ho ea fihla Ene-eglaime, moo ho tla ba le sebaka seo ba anehang matlooa a bona ho sona. Ho tla ba le litlhapi tse ngata tsa mefuta e fapaneng joaloka litlhapi tsa Leoatle le Leholo.*+
11 E tla ba libaka tse lulang li e-na le metsi le tse tletseng seretse ’me li ke ke tsa hloekisoa. Li tla lula li e-na le letsoai.+
12 Lifate tsa mefuta eohle ea litholoana li tla mela lebopong le ka nģ’ena le ka nģ’ane. Makhasi a tsona a ke ke a omella ebile li tla lula li e-na le litholoana. Li tla beha litholoana khoeli e ’ngoe le e ’ngoe hobane li fumana metsi ho tsoa sehalalelong.+ Litholoana tsa tsona e tla ba lijo le makhasi a tsona a folise.”+
13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Sena ke sebaka seo le tla se fa maloko a 12 a Iseraele e le lefa la naha. Le fe Josefa likarolo tse peli tsa naha.+ 14 Le tla e fuoa e le lefa ebile le tla e aroleloa ka ho lekana. Ke ile ka hlapanya hore ke tla fa baholo-holo ba lona naha ena+ ’me hona joale e fuoa lona e le lefa.
15 Ona ke moeli oa naha o ka lehlakoreng le ka leboea: O tloha Leoatleng le Leholo ka tsela ea Hethlone+ ho ea fihla Zedade,+ 16 Hamathe,+ Berotha+ le Siberaime e lipakeng tsa Damaseka le Hamathe ho ea fihla Hazere-hatikone e pel’a moeli oa Haurane.+ 17 Moeli o tla tloha leoatleng ho ea fihla Hazare-enone+ moeling oa Damaseka o ka leboea le moeling oa Hamathe.+ Ona ke moeli o ka leboea.
18 Moeli o ka bochabela o tla tloha lipakeng tsa Haurane le Damaseka o fete Jordane lipakeng tsa Gileade+ le naha ea Iseraele. Le o methe ho tloha moeling o ka leboea ho ea leoatleng le ka bochabela.* Ona ke moeli o ka bochabela.
19 Moeli o ka boroa* o tla tloha Tamare o kene metsing a Meribathe-kadeshe+ le Phuleng* ’me o fetele Leoatleng le Leholo.+ Ona ke moeli o ka boroa.*
20 Lehlakoreng le ka bophirimela ke Leoatle le Leholo le tlohang moeling o ka boroa ho ea fihla karolong e shebaneng le Lebo-Hamathe.*+ Ona ke moeli o ka bophirimela.
21 Le arolelane naha ena malokong a lona a 12 a Iseraele. 22 Le e arolelane e le lefa le be le e arolele balichaba ba lulang le lona ba bileng le bana ba ntse ba lula le lona. Ba tla ba joaloka Baiseraele ho lona. Ba tla fuoa lefa malokong a Iseraele hammoho le lona. 23 Le fe molichaba lefa naheng ea leloko leo a lulang ho lona,” ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.
48 Ana ke mabitso a maloko ho tloha qetellong ea lehlakore le ka leboea: Lefa la leloko la Dane+ le tloha Hethlone ho ea Lebo-hamathe*+ le ho ea fihla Hazare-enane. Le boetse le feta karolong e ka leboea ea moeli oa Damaseka pel’a Hamathe+ hape le tloha karolong e ka bochabela ho ea karolong e ka bophirimela ea moeli. 2 Lefa la leloko la Ashere+ le moeling oa leloko la Dane, le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 3 Lefa la leloko la Nefthali+ le moeling oa leloko la Ashere, le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 4 Lefa la leloko la Manase+ le moeling oa leloko la Nefthali, le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 5 Lefa la leloko la Efraime le moeling oa leloko la Manase,+ le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 6 Lefa la leloko la Rubene le moeling oa leloko la Efraime,+ le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 7 Lefa la leloko la Juda le moeling oa Rubene,+ le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 8 Ho tloha moeling oa Juda o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela, le behelle ka thoko sebaka se bophara ba lik’hilomithara tse ka bang 13*+ e le monehelo le bolelele ba sona bo lekane le ba libaka tsa maloko a mang ho tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. Sehalalelo se tla ba bohareng ba sebaka seo.
9 Monehelo oo le tla o behella ka thoko hore le o fe Jehova e tla ba sebaka se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* le bophara ba lik’hilomithara tse ka bang hlano.* 10 Ona e tla ba monehelo o halalelang oa baprista.+ E be sebaka se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* lehlakoreng le ka leboea, e be lik’hilomithara tse ka bang hlano* lehlakoreng le ka bophirimela, e be lik’hilomithara tse ka bang hlano* lehlakoreng le ka bochabela le lik’hilomithara tse ka bang 13* lehlakoreng le ka boroa. Sehalalelo sa Jehova se tla ba bohareng ba sebaka seo. 11 E be tsa bara ba Tsadoke+ e leng baprista ba halalelitsoeng, ba ileng ba ntšebeletsa le ba sa kang ba ntahla ha Baiseraele le Balevi ba ne ba ntahla.+ 12 Ba nke karolo ea naha e beheletsoeng ka thoko e le ntho e halalelang ka ho fetisisa. E tla ba haufi le moeli oa leloko la Balevi.
13 Balevi ba fuoe karolo ea naha e haufi le sebaka sa baprista. Karolo eo e tla ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* le bophara ba lik’hilomithara tse ka bang hlano.* (Bolelele ba sebaka seo kaofela e tla ba lik’hilomithara tse ka bang 13* le bophara ba lik’hilomithara tse ka bang hlano.*) 14 Naha ena e ntle e se ke ea rekisoa kapa ea fuoa motho e mong hobane ea halalela ho Jehova.
15 Sebaka se setseng se bophara ba lik’hilomithara tse ka bang tharo* se haufi le moeli oa lik’hilomithara tse ka bang 13* se tla sebelisoa ke batho bohle+ e le makhulo ba be ba hahe matlo ho sona. Motse o tla ba bohareng ba sebaka seo.+ 16 Tsena ke litekanyo tsa motse: Moeli o ka leboea o bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli,* o ka boroa o bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli,* o ka bochabela o bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli* le o ka bophirimela o bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli.* 17 Lekhulo la motse le be bolelele ba limithara tse ka bang 130* karolong e ka leboea, limithara tse ka bang 130* karolong e ka boroa, limithara tse ka bang 130* karolong e ka bochabela le limithara tse ka bang 130* karolong e ka bophirimela ea motse.
18 Bolelele ba sebaka se setseng bo lekane le ba sebaka se fanoeng e le monehelo o halalelang,+ se bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang hlano* ka bochabela le lik’hilomithara tse ka bang hlano* ka bophirimela. Sebaka seo se lekane le sebaka se fanoeng e le monehelo o halalelang ’me batho ba sebetsang motseng ba je lihlahisoa tsa sona. 19 Batho ba tsoang malokong ’ohle a Iseraele ba sebetsang motseng ba leme sebakeng seo.+
20 Sebaka sohle se fanoeng e le monehelo se lokela ho ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* mahlakoreng ’ohle a mane. Le se behelle ka thoko e le monehelo o halalelang hammoho le sebaka seo motse oo o hahiloeng ho sona.
21 Sebaka se setseng mahlakoreng a mabeli a sebaka seo ho fanoeng ka sona e le monehelo o halalelang le a sebaka seo motse o hahiloeng ho sona e tla ba sa khosana.+ Se tla ba haufi le meeli e bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang 13* e ka bochabela le ka bophirimela ho sebaka seo ho fanoeng ka sona e le monehelo. Sebaka seo se tla lekana le libaka tseo se bapileng le tsona ’me e tla ba sa khosana. Sebaka seo ho fanoeng ka sona e le monehelo o halalelang le sehalalelo sa tempele li tla ba bohareng ba sona.
22 Sebaka sa Balevi le sebaka sa motse li tla ba lipakeng tsa sebaka sa khosana. Sebaka sa khosana se tla ba lipakeng tsa moeli oa leloko la Juda+ le moeli oa leloko la Benjamine.
23 Malokong a setseng, lefa la Benjamine le tla tloha moeling o ka bochabela ho ea moeling o ka bophirimela.+ 24 Lefa la leloko la Simeone le moeling oa leloko la Benjamine,+ le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 25 Lefa la leloko la Isakare+ le moeling oa leloko la Simeone, le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 26 Lefa la leloko la Zabulone le moeling oa leloko la Isakare,+ le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela.+ 27 Lefa la leloko la Gade le moeling oa leloko la Zabulone,+ le tloha moeling o ka bochabela ho ea ho o ka bophirimela. 28 Moeli o ka boroa o moeling oa Gade o tla tloha Tamare+ o ee metsing a Meribathe-kadeshe,+ o fetele Phuleng*+ le ho ea fihla Leoatleng le Leholo.*
29 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ena ke naha eo le tla e fa maloko a Iseraele+ e le lefa ’me tsena e tla ba libaka tsa ’ona.”+
30 “Tsena e tla ba libaka tseo batho ba tsoang ka tsona motseng: Lehlakore le ka leboea le tla ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli.*+
31 Likeiti tsa motse li tla bitsoa ho ea ka maloko a Iseraele. Likeiting tse tharo tse ka leboea e ’ngoe e tla ba ea leloko la Rubene, e ’ngoe e be ea leloko la Juda ’me e ’ngoe e be ea leloko la Levi.
32 Lehlakore le ka bochabela le tla ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli* ’me ho be le likeiti tse tharo moo. Keiti e ’ngoe e tla ba ea leloko la Josefa, e ’ngoe e be ea leloko la Benjamine ’me e ’ngoe e be ea leloko la Dane.
33 Lehlakore le ka boroa le tla ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli* ’me le be le likeiti tse tharo moo. Keiti e ’ngoe e tla ba ea leloko la Simeone, e ’ngoe e be ea leloko la Isakare ’me e ’ngoe e be ea leloko la Zabulone.
34 Lehlakore le ka bophirimela le tla ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka holimonyana ho tse peli* ’me le be le likeiti tse tharo. Keiti e ’ngoe e tla ba ea leloko la Gade, e ’ngoe e be ea leloko la Ashere ’me e ’ngoe e be ea leloko la Nefthali.
35 Sebaka se potolohang motse oo kaofela se tla ba bolelele ba lik’hilomithara tse ka bang robong.* Lebitso la motse oo ho tloha letsatsing leo ho ea pele e tla ba Jehova o Teng Moo.”+
E bolelang “Molimo oa Matlafatsa.”
Ka Seheberu: “Letsoho la Jehova la tla holim’a ka.”
Kapa: “le lehalima.”
Ka Seheberu: “libopuoa tse phelang.”
Ka Seheberu: “a ea a khutla.”
Mohlomong mabili ana a ne a lekana.
Ka Seheberu: “moea oa sebopuoa se phelang.”
Kapa mohlomong: “a phukaletse.”
Sheba Tlhaloso. Poleloana ena e hlaha ka makhetlo a 93 bukeng ena ea Ezekiele ’me lena ke lekhetlo la pele.
Mona ho buuoa ka Baiseraele le Bajuda.
Kapa mohlomong: “le hoja ba le manganga ebile ba le joaloka lintho tse hlabang.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Ka Seheberu: “Ke entse hore sefahleho sa hao se be thata joaloka lifahleho tsa bona le phatla ea hao e be thata joaloka liphatla tsa bona.”
Ka Seheberu: “bara ba batho ba heno.”
Ka Seheberu, lentsoe lena le ka bolela moea oa Molimo kapa lengeloi.
Kapa: “ke tla batla bophelo ba hae ho uena.”
Kapa: “ke tla u nka u le molato bakeng sa mali a hae.”
Ka Seheberu: “letsoho la hae.”
E leng terei e bakang.
Ka Seheberu: “ho buuoa ka mofuta o mong oa koro ea boemo bo tlase e neng e lengoa Egepeta ea boholo-holo.”
Ka Seheberu: “lishekele tse 20.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “karolo ea botšelela ea hine,” e leng hoo e ka bang halofo ea lithara. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “e bolileng.”
Ka Seheberu: “ke roba melamu ea bohobe.” Mohlomong ho buuoa ka melamu eo ho neng ho hakoa bohobe ho eona.
Kapa: “felisa.”
Ka Seheberu: “ka ho roba melamu ea lona ea bohobe.” Mohlomong ho buuoa ka melamu eo ho neng ho hakoa bohobe ho eona.
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “ha baa ka ba itšoara hantle.”
Kapa: “ba latela.”
Kapa: “ba nyehela monko o nkhang hamonate.”
Kapa mohlomong: “Korone.”
Kapa mohlomong: “Korone.”
Sena se bolela hore ba rekang litša kapa ba li rekisang, li ke ke tsa ba thusa hobane ho tl’o felisoa batho bohle.
Kapa mohlomong: “ka phoso ea hae.”
Ho bolelang hore ba tla ithotela ka lebaka la ho tšoha.
Ho bolela hore lihlooho tsa bona li tla beoloa ka lebaka la ho utloa bohloko.
E leng silevera le khauta ea bona.
E leng lintho tsa bona tse entsoeng ka silevera le khauta.
E leng silevera le khauta ea bona eo ba e sebelisang ho etsa litšoantšo tse rapeloang.
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka karolo e ka hare-hare ea sehalalelo sa Jehova.
E leng liketane tsa botlamuoa.
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ho ka etsahala hore e ne e le thupa e neng e sebelisoa borapeling ba litšoantšo.
Kapa: “ntho e tšelang enke ea mongoli.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
E leng kerubime e ’ngoe le e ’ngoe.
Kapa: “monna.”
Ka Seheberu: “moea oa sebopuoa se phelang.”
Ka Seheberu lentsoe lena le ka bolela moea oa Molimo kapa lengeloi.
Ka Seheberu: “Motse oa Jerusalema” moo Bajuda ba neng ba nahana hore ba tla sireletsoa.
Kapa: “pitsa e kholo.”
Ka Seheberu: “Ke tla etsa hore ba be le pelo e le ’ngoe.”
E leng pelo e mamelang litaelo tsa Molimo.
Kapa: “ba profetang lintho tse tsoang lipelong tsa bona.”
E leng ho haha lebota le sa tieang le arolang likamore ebe le pentoa ka pente e tšoeu hore le tle le bonahale eka le tiile.
E leng mabanta a boselamose a tlangoang setsoeng kapa letsohong.
Kapa: “ba tšoenyehe.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “ke robe melamu ea bohobe.” Mohlomong ho buuoa ka melamu eo ho neng ho hakoa bohobe ho eona.
Kapa: “li ba nkele bana ba bona.”
Kapa: “liketso tsa ka tsa kahlolo tse kotsi.”
Kapa: “mose.”
Kapa: “letlalo la qibi.”
Kapa: “mekhabiso.”
E leng litšoantšo tsa banna.
Ka Seheberu: “o khathollang.”
Ka Seheberu: “naheng ea Kanana.”
Kapa mohlomong: “Ke ne ke u halefetse haholo.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “mekhabiso.”
Ka Seheberu: “naheng ea Kanana.”
Ka Seheberu: “peong.”
E leng Nebukadnezare.
E leng Tsedekia.
Ka Seheberu: “kano ea ka.”
Ke nete e tšoasang litlhapi.
Ka Seheberu: “Meea eohle ke ea ka.” Sheba Tlhaloso ea Moea.
Ka Seheberu: “Moea.”
Ka Seheberu: “Moea.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “Moea.”
Ka Seheberu: “ka hopola.”
Kapa: “lipelo.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Ka Seheberu: “sefate sa morara maling a hao.”
Kapa: “Melamu.”
Ka Seheberu: “ho peo ea Jakobo.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “o khathollang.”
E leng ho etsa botekatse ba tšoantšetso kapa ho sebeletsa melimo e meng.
Kapa: “a sebeletsang.”
Ka Seheberu: “o khathollang.”
Sepache sa sabole se entsoeng ka letlalo.
Ho bolelang hore ba tla ithotela ka lebaka la ho tšoha.
E leng sabole ea Jehova.
Kapa: “ikotle serope ho bontša hore u utloile bohloko.”
Ka Seheberu: “literafime.” Sheba Tlhaloso.
E leng baahi ba Jerusalema.
Kapa: “korone.”
Ka Seheberu: “na o tla ahlola, na o tla ahlola.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Ka Seheberu: “Ba apola bofeela ba bo-ntate ba bona.”
E leng mofuta oa tšepe e boima.
E bolelang “Tente ea Hae.”
E bolelang “Tente ea ka e ho Eena.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitswe ho bontša ho hloea.
Kapa: “ba etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “ba etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “ba bitsitsoeng.”
Hangata lithebe tsena tse nyenyane li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “mekhabiso.”
Ho bonahala kopi ena e emela kahlolo ea Molimo.
E leng ho etsa bofebe ba tšoantšetso kapa ho sebeletsa melimo e meng.
Ka Seheberu: “lebitso la letsatsi lena.”
Kapa: “papiso.”
Kapa: “pitsa e kholo.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Ka Seheberu: “bohobe ba batho.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “batho ba bangata.”
Kapa: “mochini o hlaselang.”
Kapa: “lisabole.”
Ka Seheberu: “batho ba bolailoeng.”
Kapa: “liaparo tse se nang matsoho.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa: “sekoting.”
Kapa: “khabisa.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Ka Seheberu: “Banna ba baholo.”
Kapa: “sethabathaba.”
Kapa: “ulu e bofubelu bo bothokoa.”
Ke sefate se tsoang mofuteng o le mong le sa sinamone.
Kapa: “lehlaka le nkhang hamonate.”
Ka Seheberu: “le phutheho eohle.”
Ka Seheberu: “ea entsoeng hore a thole.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa: “melatsoaneng.”
Temaneng ena le tse latelang, ha ho buuoa ka “Nile” ho buuoa ka noka le linokana tsa eona.
Ka Seheberu: “mangole.”
Ka Seheberu: “o ile a re.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “ke tla fa Baiseraele matla.”
Kapa: “e le nako e behiloeng.”
Mohlomong ho buuoa ka Baiseraele ba neng ba entse selekane le Baegepeta.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.
Kapa: “melatsoana.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “Memfise.”
E leng Thebese.
E leng Thebese.
Kapa: “Memfise.”
E leng Heliopolise.
E leng ka pel’a morena oa Babilona.
Ka Seheberu: “u.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Ka Seheberu: “linokeng tsa bona.”
Ka Seheberu: “Likotopo li tla tlala mali a hao.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Mohlomong ho buuoa ka masole a patiloeng le lisabole tsa ’ona e le ho a hlompha.
Kapa: “Baeta-pele.”
Kapa: “ke tla batla mali a hae ho molebeli.”
Kapa: “ke tla batla bophelo ba hae ho uena.”
Ka Seheberu: “Libe tsa hae li ke ke tsa hopoloa.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “ke be ke batle linku tsa ka ho bona.”
Kapa: “hlokomele.”
Kapa: “lipoli tse tona.”
Ka Seheberu: “li je.”
Ka Seheberu: “ba setseng.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
E leng pelo e mamelang litaelo tsa Molimo.
Kapa mohlomong: “joaloka mahlabelo a mohlape oa linku Jerusalema.”
Ka Seheberu: “Letsoho la Jehova.”
Kapa: “phefumoloho.”
Kapa: “eaba moea oa bophelo o kena ka hare ho bona.”
Kapa: “le metsoalle ea hae.”
Kapa: “le metsoalle ea hae.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “Sebaka seo ke lulang ho sona se; Lehae la ka le.”
Hangata lithebe tsena tse nyenyane li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “e bulehileng.”
Kapa: “litaoana tsohle tse moetse.”
Kapa: “tseba.”
Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “Khohlo ea sechaba sa Gogo.”
E bolelang “Sechaba.”
Kapa: “ka ba patela sefahleho sa ka.”
Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “ntlo.” E fetoletsoe ka tsela ena khaolong ea 40 ho ea ho 48, moo ha ho buuoa ka “ntlo” ho boleloa tempele kapa mohaho oa tempele.
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.” Khaolo ea 40 ho ea ho ea 48 li bua ka setsoe se selelele. Setsoe se selelele se lekana le lisenthimithara tse 51,8. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “thupa e lekanyang e etsang litsoe tse tšeletseng, setsoe le bophara ba seatla.” E leng litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse robeli.”
Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”
Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 13.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka karolo e ka holimo ea lebota la ntlo ea balebeli.
Ka Seheberu: “litsoe tse 60.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “bophara.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng le halofo.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng le halofo.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”
Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 11.” Kapa mohlomong: “litsoe tse 12.”
Ka Seheberu: “tempele.” Khaolong ea 41 le 42 lentsoe lena le bolela sehalalelo se ka ntle kapa sehalalelo sohle (tempele le Sehalalelo hammoho le Sehalalelisiso).
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.” Ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10.”
Ka Seheberu: “mahlakore.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 40.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
E leng ka sehalalelong se ka hare kapa ka Sehalalelisisong.
Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.”
Ka Seheberu: “bophara ba monyako e ne e le.”
Ka Seheberu: “litsoe tse supileng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”
Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ho ka etsahala e ne e le tsela e tšesaane e neng e potoloha tempele.
Kapa: “likamore.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 70.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 70.”
Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Kapa: “taoana.”
Ka Seheberu: “kosene ea monyako.” Ho ka etsahala hore ho buuoa ka monyako o kenang ka Sehalalelong.
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka Sehalalelisiso.
Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”
Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”
Ka Seheberu: “bolelele.”
Kapa: “tente.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.” Mona ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
Kapa: “likamore.”
Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”
Ho ea ka Septuagint ea Segerike, ke “bolelele ba litsoe tse 100.” Ka Seheberu mantsoe ana a re: “Tsela e ka etsang setsoe se le seng.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 100.”
Ka Seheberu: “tse bophara ba.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ntlo e ka hare.”
Sheba Ntlha ea B14.
Kapa mohlomong: “a.”
Ka Seheberu: “ntlo”
Ka Seheberu, lentsoe lena le ka bolela moea oa Molimo kapa lengeloi.
Kapa: “ka ho etsa botekatse.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ba methe polane.”
Ka Seheberu: “ka litsoe.”
Ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “Boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse peli.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse ’nè.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 12.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 12.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 14.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 14.”
Ka Seheberu: “halofo ea setsoe.”
Ka Seheberu: “setsoe se le seng.”
Kapa: “poli e tona.”
Kapa: “phethahetseng.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “likamoreng tse halalelang.”
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Ka Seheberu: “phofo e sa siloang hantle.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.” Ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Kapa: “meeling eohle ea eona.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 50.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Kapa: “likamore tse 20.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 5 000.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea bate.”
Ka Seheberu: “bate e be karolo ea leshome ea homere.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “efa e be karolo ea leshome ea homere.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “homere.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “Shekele.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “ligera tse 20.” Gera e lekana le likramo tse 0,57. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “mina.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lishekele tse 20 ha li kopana le tse 25 le tse 15.”
Ka Seheberu: “karolo ea botšelela ea efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “tekanyo ea bate.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “karolo ea leshome ea kore.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “poli e tona.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa ea lijo-thollo.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea hine ea oli.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “hine e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.”
Ka Seheberu: “tekanyo ea efa.”
Ka Seheberu: “hine e le ’ngoe.”
Ka Seheberu: “karolo ea botšelela ea efa.” Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “karolo ea boraro ea hine.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “likamore tse halalelang.”
Ka Seheberu: “ho halaletsa.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 40.” Mona ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 30.” Mona ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “mahlakore ao a mane le lik’hona tsa ’ona li ne li lekana.”
Kapa: “mela.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.” Mona ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 1 000.”
Kapa: “lehoatata.”
Ka Seheberu: “linokana tse peli.”
E leng Leoatle la Mediterranean.
E leng Leoatle le Shoeleng.
Ka Seheberu: “lehlakore le ka boroa.”
E leng Phula ea Egepeta.
Ka Seheberu: “lehlakore le ka boroa.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.” Mona ho buuoa ka litsoe tse telele. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 5 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 250.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 250.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 250.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 250.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 10 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 25 000.”
E leng Phula ea Egepeta.
E leng Leoatle la Mediterranean.
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 4 500.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 18 000.”