Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt 2 Likronike 1:1-36:23
  • 2 Likronike

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • 2 Likronike
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Likronike

BUKA EA BOBELI EA LIKRONIKE

1 Solomone mora oa Davida ea e-ba morena ea matla. Jehova Molimo oa hae o ne a e-na le eena ’me a etsa hore a be matla haholo.+

2 Solomone a bitsa Baiseraele bohle, balaoli ba ba likete le ba ba makholo, baahloli le likhosana tsohle tsa Baiseraele le lihlooho tsa malapa. 3 Solomone le phutheho eohle ba ea sebakeng se phahameng Gibeone.+ Ke moo tente ea pokano ea Molimo oa ’nete e neng e le teng e leng tente eo Moshe mohlanka oa Jehova a neng a e entse lefeelleng. 4 Davida o ne a latile Areka ea Molimo oa ’nete Kiriathe-jearime+ ’me a e tlisitse sebakeng seo a neng a e lokiselitse sona. O ne a e etselitse tente Jerusalema.+ 5 Aletare ea koporo+ eo Bezalele+ mora oa Uri mora oa Hure a neng a e entse e ne e behiloe ka pel’a tabernakele ea Jehova. Solomone le phutheho eohle ba ne ba rapela ka pel’a eona. 6 Solomone a etsa linyehelo moo ka pel’a Jehova ’me a etsa linyehelo tsa secheso tse 1 000 aletareng ea koporo+ e tenteng ea pokano.

7 Bosiung boo, Molimo a hlaha ho Solomone a re ho eena: “Mpolelle hore na u batla ke u fe eng.”+ 8 Solomone a re ho Molimo: “U ile oa bontša ntate oa ka Davida hore u mo rata haholo+ ’me oa etsa hore ke mo hlahlame boreneng.+ 9 Jehova Molimo, e se eka ntho eo u e tšepisitseng ntate oa ka Davida e ka phethahala+ hobane u nkentse morena oa batho ba bangata joaloka lerole la lefatše.+ 10 Mphe bohlale le tsebo+ e le hore nka etella sechaba sena pele kaha ha ho motho ea ka khonang ho ahlola sechaba sena sa hao se seholo.”+

11 Molimo a re ho Solomone: “Kaha sena ke seo u se batlang ’me ha oa kopa maruo, ho hlomphuoa kapa hore ba u hloileng ba shoe ebile ha oa kopa hore u phele nako e telele empa u kopile bohlale le tsebo e le hore u ahlole sechaba sa ka seo ke u entseng morena oa sona,+ 12 ke tla u fa bohlale le tsebo, ke u fe le maruo le tlotla tseo ho se nang morena ea kileng a ba le tsona pele ho uena le tseo ho se nang morena ea tla ba le tsona ka mor’a hao.”+

13 Solomone a tloha sebakeng se phahameng Gibeone+ ka pel’a tente ea pokano, a ea Jerusalema ’me a busa Iseraele. 14 Solomone a ’na a eketsa likariki tsa hae tsa ntoa le lipere. O ne a e-na le likariki tsa ntoa tse 1 400 le lipere tse 12 000.+ O ne a li behile metseng ea likariki tsa ntoa+ le haufi le morena Jerusalema.+ 15 Morena a etsa hore silevera le khauta tse Jerusalema li be ngata joaloka majoe+ le hore lifate tsa kedare li be ngata joaloka lifate tsa sikamora tse Shefela.+ 16 Lipere tsa Solomone li ne li tsoa Egepeta+ ’me bo-rakhoebo ba morena ba ne ba reka sehlopha sa lipere ka theko e tšoanang.+ 17 Kariki ka ’ngoe e tsoang Egepeta e ne e rekoa ka likotoana tsa silevera tse 600 ’me pere eona e rekoa ka tse 150. Ba ne ba li romela ho marena ’ohle a Bahethe le a Siria.

2 Solomone a fana ka taelo ea hore ho hahoe ntlo ea hae ea borena+ le ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova.+ 2 Solomone a ngolisa basebeletsi ba 70 000 ba jarang meroalo, ba 80 000 ba betlang majoe lithabeng+ le balebeli ba bona ba 3 600.+ 3 Hape Solomone a romela molaetsa ho Hirame+ morena oa Tire a re: “Nketsetse seo u ileng oa se etsetsa ntate oa ka Davida ha u ne u mo romella lifate tsa kedare hore a hahe ntlo eo a tla lula ho eona.+ 4 Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka hore ke nehelane ka eona ho eena. Ke moo ho tla chesetsoa libano tse nkhang hamonate+ ka pel’a hae le moo ho tla behoa bohobe+ le moo ho tla etsetsoa linyehelo tsa secheso teng hoseng le mantsiboea,+ ka lisabatha,+ ha khoeli e qala+ le ka linako tsa mokete+ tsa Jehova Molimo oa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho lula ba e etsa. 5 Ntlo eo ke e hahang e tla ba kholo hobane Molimo oa rona o moholo ho feta melimo e meng kaofela. 6 Ke mang ea ka mo hahelang ntlo hobane le maholimo a maholimo ha a mo lekane?+ ’Na ke mang hore nka mo hahela ntlo? Ntho feela eo nka e etsang ke ho haha sebaka seo ho sona ho ka etsoang mahlabelo a kubellang mosi ka pel’a hae. 7 Nthomelle monna ea tsebang mosebetsi oa matsoho, ea tsebang ho sebetsa ka khauta, silevera, koporo,+ tšepe, ulu e pherese, e khubelu le khoele e putsoa le ea tsebang ho etsa mongolo o fatiloeng. O tla sebetsa le batho ba ka ba tsebang ho etsa mosebetsi oa matsoho Juda le Jerusalema, bao ntate oa ka Davida a faneng ka bona.+ 8 U nthomelle lifate tsa kedare, tsa junipere+ le tsa algame+ tse tsoang Lebanone hobane kea tseba hore bahlanka ba hao ba tseba ho rema lifate tsa Lebanone.+ Bahlanka ba ka ba tla sebetsa le bahlanka ba hao+ 9 hore ba ntokisetse lifate tse ngata hobane ntlo eo ke tl’o e haha e tla ba kholo haholo. 10 Ke tla fa bahlanka ba hao ba remang lifate lijo.+ Ke tla ba fa lilithara tse 4 400 000 tsa koro, lilithara tse 4 400 000 tsa harese, lilithara tse 440 000 tsa veine le lilithara tse 440 000 tsa oli.”

11 Hirame morena oa Tire a ngolla Solomone molaetsa o reng: “Jehova o u khethile hore u be morena oa batho ba hae hobane oa ba rata.” 12 Hirame a tsoela pele ho re: “Ho ke ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele ea entseng maholimo le lefatše hobane o file Morena Davida mora ea bohlale+ le ea nang le kutloisiso,+ ea tla hahela Jehova ntlo le ho ikahela ntlo ea borena. 13 Ke romela monna ea bohlale, ea tsebang mosebetsi oa matsoho ea bitsoang Hirame-abi.+ 14 Ke mora oa mosali oa leloko la Dane empa ntate oa hae o ne a tsoa Tire. Monna enoa o tseba ho sebetsa ka khauta, silevera, koporo, tšepe, majoe, lepolanka, ulu e pherese, khoele e putsoa, lesela la boleng bo botle le ka lesela le lefubelu.+ O tseba ho etsa mongolo o fatiloeng oa mefuta eohle le meralo eohle eo ho thoeng a e etse.+ O tla sebetsa le banna ba hao ba tsebang mosebetsi oa matsoho le banna ba tsebang mosebetsi oa matsoho ba moren’a ka Davida, ntate oa hao. 15 Moren’a ka, re romelle koro, harese, oli le veine tseo u re tšepisitseng tsona.+ 16 Re tla rema lifate tsohle tseo u li hlokang mona Lebanone.+ Re tla li romela Jopa+ ka leoatle re li tlamme ’me uena u tla li lata moo ebe u li isa Jerusalema.”+

17 Solomone a bala banna bohle ba balichaba ba neng ba lula naheng ea Iseraele+ joalokaha ntate oa hae Davida a ile a etsa+ ’me ha fumanoa banna ba 153 600. 18 A khetha basebeletsi ba 70 000 hore e be ba jarang meroalo, ba 80 000 hore e be ba betlang majoe+ lithabeng le balebeli ba 3 600 ba okamelang basebetsi.+

3 Solomone a hahela Jehova ntlo+ Jerusalema Thabeng ea Moria+ moo Jehova a ileng a hlaha ho ntate oa hae Davida,+ sebakeng seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane+ oa Mojebuse. 2 A qala ho haha ka letsatsi la bobeli la khoeli ea bobeli, ha a ne a e-na le lilemo tse ’nè a busa. 3 Motheo oo Solomone a ileng a o etsa bakeng sa ho haha ntlo ea Molimo oa ’nete o ne o le bolelele ba limithara tse ka bang 27 ’me o le bophara ba limithara tse ka bang robong,+ ho ea ka tsela ea khale ea ho lekanya. 4 Foranta e ka pele e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong, e lekana le bophara ba ntlo ’me bophahamo ba eona e le limithara tse ka bang robong. A e koahela ka khauta e hloekileng ka hare.+ 5 A koahela ntlo e kholo ka lepolanka la junipere. Ka mor’a moo, a e koahela ka khauta ea boleng bo botle+ ’me a e khabisa ka litšoantšo tsa sefate sa palema+ le ka liketane.+ 6 Ho feta moo, a khabisa ntlo ka majoe a matle a bohlokoa.+ Khauta+ eo a neng a e sebelisa e ne e tsoa Parevaime. 7 A koahela ntlo, mapolanka, mabota a eona le mamati a eona ka khauta+ ’me a fata litšoantšo tsa likerubime maboteng.+

8 A etsa kamore ea Sehalalelisiso.+ Bolelele ba eona bo ne bo lekana le bophara ba ntlo, e le limithara tse ka bang robong ’me bophara ba eona e le limithara tse ka bang robong. A e koahela ka khauta ea boleng bo botle e boima ba lik’hilokramo tse 20 520.+ 9 Boima ba khauta ea lipekere e ne e le likramo tse 570. A koahela likamore tse ka holimo ka khauta.

10 A etsa litšoantšo tse peli tsa likerubime ka kamoreng ea Sehalalelisiso ’me a li koahela ka khauta.+ 11 Bolelele ba mapheo ’ohle a likerubime+ e ne e le limithara tse ka bang robong. Lepheo le leng la kerubime ea pele le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli ’me le thetsa lebota la ntlo. Lepheo le leng le lona le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli ’me le thetsa lepheo la kerubime e ’ngoe. 12 Lepheo le leng la kerubime e ’ngoe le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli ’me le thetsa lebota le leng la ntlo. Lepheo le leng la eona le ne le le bolelele ba limithara tse ka bang peli ’me le thetsa lepheo la kerubime ea pele. 13 Ha mapheo a likerubime tsena a phukalletse a ne a etsa limithara tse ka bang robong. Li ne li eme ka maoto ’me li shebile ka Sehalalelong.

14 A boela a etsa kharetene+ ka khoele e putsoa, ulu e pherese, e khubelu le ka lesela la boleng bo botle ’me a e khabisa ka likerubime.+

15 Ka mor’a moo, a etsa lipilara tse peli+ ka pel’a ntlo tse bolelele ba limithara tse ka bang 16. Hlooho e ka holim’a pilara e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le limithara tse ka bang peli.+ 16 A etsa liketane tse kang lifaha ’me a li beha karolong e holimo ea lipilara. A etsa le likharenate tse 100 ’me a li beha holim’a liketane. 17 A hloma lipilara tseo ka pel’a tempele. E ’ngoe ka letsohong le letona ’me a e reha Jakine, e ’ngoe ka ho le letšehali ’me a e reha Boase.

4 Solomone a etsa aletare ea koporo+ e bolelele ba limithara tse ka bang robong, e bophara ba limithara tse ka bang robong le bophahamo ba limithara tse ka bang ’nè.

2 A etsa le Tanka+ e selika-likoe ka tšepe. Boahlamo ba eona e ne e ka ba limithara tse ’nè ’me bophahamo ba eona e le limithara tse ka bang peli. E ne e ka pota-potoa ke khoele e lekanyang e bolelele ba limithara tse ka bang 13.+ 3 Ho ne ho e-na le mekhabiso ea mehope+ tlas’a molomo oa Tanka e o pota-potileng. Ho potoloha Tanka, lisenthimithareng tse ling le tse ling tse ka bang 45 ho ne ho e-na le mekhabiso e leshome. Mekhabiso eo e ne e le mela e ’meli. 4 Tanka e ne e le holim’a lipoho tsa koporo tse 12,+ tse tharo li shebile leboea, tse tharo bophirimela, tse tharo boroa, tse tharo bochabela ’me kaofela li furallane. 5 Botenya ba eona e le lisenthimithara tse ka bang supa ’me molomo oa eona o entsoe joaloka molomo oa kopi, o joaloka thunthung ea khahla. E ne e ka tšela lilithara tse 66 000 tsa metsi.

6 Hape a etsa libeisine tse leshome tsa ho hlatsoetsa ’me a beha tse hlano ka lehlakoreng le letona le tse hlano ka lehlakoreng le letšehali.+ Ba ne ba hlatsoetsa lintho tse sebelisetsoang ho etsa nyehelo ea secheso ho tsona.+ Empa Tanka e ne e sebelisoa ke baprista bakeng sa ho itlhatsoa.+

7 A etsa liluloana tsa mabone tsa khauta+ tse leshome ho ea kamoo li neng li tšoanetse ho ba kateng+ ’me a li beha ka tempeleng. A beha tse hlano ka lehlakoreng le letona le tse hlano ka lehlakoreng le letšehali.+

8 A boela a etsa litafole tse leshome ’me a li beha ka tempeleng. A beha tse hlano ka lehlakoreng le letona le tse hlano ka lehlakoreng le letšehali.+ A etsa le likotlolo tsa khauta tse 100.

9 A etsa lebala+ la baprista+ le lebala le leholo+ eaba o etsa mamati bakeng sa mabala ao ’me o a koahela ka koporo. 10 A beha Tanka ka lehlakoreng le letona la ntlo ho elella ka boroa-bochabela.+

11 Hirame a boela a etsa linkho, likharafu le lijana.+

A qeta mosebetsi oo a neng a o etsetsa Morena Solomone bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete:+ 12 Lipilara tse peli+ le lihlooho tse bopehileng joaloka sejana tse neng li le holim’a lipilara tseo, lisefe+ tse peli ho koahela lihlooho tseo, 13 likharenate tse 400+ bakeng sa lisefe tse peli, mela e ’meli ea likharenate bakeng sa sefe ka ’ngoe, ho koahela lihlooho tseo tse peli,+ 14 literoli tse leshome le libeisine tse leshome holim’a literoli,+ 15 Tanka le lipoho tse 12 tse tlas’a eona,+ 16 linkho, likharafu, lifereko+ le lisebelisoa tse ling tsohle tseo Hirame-abive+ a li etselitseng Morena Solomone ka koporo e bentšitsoeng bakeng sa ntlo ea Jehova. 17 Morena a li etsetsa letsopeng seterekeng sa Jordane pakeng tsa Sukothe+ le Zereda. 18 Solomone a etsa lisebelisoa tsena tsohle li le ngata haholo. Boima ba koporo ha boa ka ba tsebahala.+

19 Solomone a etsa lisebelisoa+ tsohle bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete e leng aletare ea khauta,+ litafole+ tse behang bohobe ba pontšo,+ 20 liluloana tsa mabone le mabone a tsona a khauta e hloekileng+ e le hore a khantše ka pel’a kamore e ka hare-hare joalokaha ho ne ho laetsoe 21 le lithunthung, mabone le litong tsa khauta e hloekileng ka ho fetisisa, 22 lintho tse timang mollo, lijana, likopi le lipane tsa mollo tsa khauta e hloekileng, a koahela mamati a Sehalalelisiso+ le mamati a tempele ka khauta.+

5 Solomone a qeta mosebetsi oohle oo a neng a lokela ho o etsa bakeng sa ntlo ea Jehova.+ A kenya lintho tseo ntate oa hae Davida a neng a li halalelitse.+ A boela a beha silevera, khauta le lintho tse ling tsohle ka matlotlong a ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 2 Solomone a bitsa baholo ba Iseraele, lihlooho tsohle tsa maloko le likhosana tsa malapa a Iseraele. Ba tlisa areka ea selekane ea Jehova Jerusalema ho tsoa Motseng oa Davida+ e leng Sione.+ 3 Banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena moketeng o tšoaroang ka khoeli ea bosupa.+

4 Baholo bohle ba Iseraele ba tla ’me Balevi ba jara Areka.+ 5 Baprista le Balevi ba tlisa Areka, tente ea pokano+ le lisebelisoa tsohle tse halalelang tse neng li le ka tenteng. 6 Morena Solomone le batho bohle bao a neng a ba bitsitse ba ema ka pel’a Areka. Ho ne ho etsoa mahlabelo ka linku le likhomo+ tse ngata. 7 Baprista ba beha areka ea selekane ea Jehova kamoreng e ka hare-hare ea ntlo, ka Sehalalelisisong. E ne e lula moo tlas’a mapheo a likerubime.+ 8 Likerubime li ne li otlolletse mapheo a tsona holim’a moo Areka e lulang teng li bile li koahetse Areka le lipalo+ tsa eona. 9 Lipalo li ne li le telele hoo lintlha tsa tsona li neng li bonahala ha u le ka Sehalalelong e leng ka pel’a kamore e ka hare-hare empa li ne li sa bonahale ha u le ka ntle. Li ntse li le teng le kajeno. 10 Ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa a mabeli ao Moshe a neng a a kentse ka har’a eona ha a le Horebe,+ nakong eo Jehova a neng a etsa selekane+ le sechaba sa Iseraele ha se ne se tsoa Egepeta.+

11 Ha baprista ba tsoa sebakeng se halalelang (hobane baprista bohle ba neng ba le moo ba ne ba itlhoekisitse,+ ho sa tsotellehe hore na ba tsoa sehlopheng sefe),+ 12 Balevi bohle ba binang+ ba neng ba etelletsoe pele ke Asafe,+ Hemane,+ Jeduthune+ le bara ba bona le bana ba bo bona, ba ne ba apere lesela la boleng bo botle ba tšoere lisimbala, liletsa tse likhoele le liharepa. Ba ne ba eme ka bochabela ho aletare ’me ba e-na le baprista ba 120 ba letsang literompeta.+ 13 Batho ba letsang literompeta le ba binang ba ne ba rorisa le ho leboha Jehova hammoho ’me ho ne ho utloahala molumo oa literompeta, lisimbala le liletsa tse ling tsa ’mino ha ba ntse ba rorisa Jehova “hobane o molemo, lerato la hae ha le fele le ka mohla.”+ Ka nako eo, ntlo ea Jehova ea tlala leru.+ 14 Baprista ba ne ba sa khone ho etsa mosebetsi oa bona ka lebaka la leru hobane khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Molimo oa ’nete.+

6 Solomone a re: “Jehova, u ile oa re u tla lula lefifing le letšo.+ 2 Joale ke u hahetse ntlo eo u tla lula ho eona ka ho sa feleng.”+

3 Batho bohle ba Iseraele ba ne ba ntse ba eme ka pel’a morena eaba o sheba ka ho bona oa ba hlohonolofatsa.+ 4 A re: “Ho rorisoe Jehova Molimo oa Iseraele, ea phethahalitseng seo a se tšepisitseng ntate oa ka Davida ha a re: 5 ‘Ho tloha letsatsing leo ke ntšitseng sechaba sa ka naheng ea Egepeta, ha ke e-s’o khethe motse malokong ’ohle a Iseraele oo ke tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ha ho na motho eo ke mo khethileng hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele. 6 Empa ke khethile Jerusalema+ hore lebitso la ka le be moo ’me ke khethile Davida hore a etelle pele sechaba sa ka sa Iseraele.’+ 7 Ntate oa ka Davida o ne a batla ho hahela Jehova Molimo oa Iseraele ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la hae.+ 8 Empa Jehova a re ho ntate oa ka Davida: ‘Ke hantle hore ebe u batla ho haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka. 9 Leha ho le joalo, u ke ke oa haha ntlo eo empa mora eo u tla ba le eena ke eena ea tla e haha.’+ 10 Jehova o phethahalitse tšepiso ea hae hobane ke ’na morena ea hlahlamang ntate oa ka Davida ’me ke lutse teroneng ea Iseraele+ feela joalokaha Jehova a ne a tšepisitse.+ Hape ke hahile ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa Iseraele. 11 Ntlong eo, ke behile Areka e nang le selekane+ seo Jehova a ileng a se etsa le sechaba sa Iseraele.”

12 Solomone a ema ka pel’a aletare ea Jehova ka pel’a sechaba sohle sa Iseraele ’me a phahamisa matsoho.+ 13 (Solomone o ne a entse sethala sa koporo ’me a se behile bohareng ba lebala.+ Bolelele ba sona e ne e le limithara tse ka holimonyana ho tse peli, bophara ba sona e le limithara tse ka holimonyana ho tse peli ’me bophahamo ba sona e le bo ka holimonyana ho mithara eaba o ema holim’a sona.) A khumama ka pel’a phutheho eohle ea Iseraele a phahamiselitse matsoho maholimong+ 14 a re: “Jehova Molimo oa Iseraele, ha ho na Molimo ea tšoanang le uena leholimong kapa lefatšeng. U boloka selekane sa hao ebile u rata bahlanka ba hao ba u sebeletsang ka lipelo+ tsohle tsa bona. 15 U phethahalitse tšepiso eo u ileng oa e etsetsa ntate oa ka Davida.+ U entse tšepiso ’me letsatsing lena u e phethahalitse.+ 16 Jehova Molimo oa Iseraele, phethahatsa tšepiso eo u e entseng ho ntate oa ka Davida ha u ne u re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea tla lula teroneng ea Iseraele haeba feela bara ba hao ba ka lula ba ntšepahalla+ joaloka uena.’+ 17 Jehova Molimo oa Iseraele, e se eka u ka phethahatsa tšepiso eo u e etselitseng Davida mohlanka oa hao.

18 Empa na kannete Molimo o tla lula le batho lefatšeng?+ Maholimo a maholimo ha a u lekane.+ Joale ntlo ee eo ke u hahetseng eona e tla u lekana joang?+ 19 Jehova Molimo oa ka, mamela thapelo eo ke e etsang ho uena le kopo ea ka. ’Mamele ha ke lla ke kopa thuso. 20 E se eka u ka sheba ntlo ena bosiu le motšehare ’me u mamele thapelo eo ’na mohlanka oa hao ke e etsang ka sebaka sena, seo u itseng lebitso la hao le tla ba ho sona.+ 21 U mamele kopo ea ka le kopo eo sechaba sa hao sa Iseraele se e etsang se shebile sebakeng sena,+ u utloe u le maholimong+ moo u lulang teng ’me u re tšoarele.+

22 Haeba motho a fosetsa oa habo ’me oa habo a mo laela hore a ikane hore ha a molato, ha motho eo ea ikanneng a tla ka pel’a aletare ea hao ntlong ena,+ 23 e se eka u ka utloa u le maholimong, oa ahlola bahlanka ba hao ka ho fa ea khopo kotlo ’me u etse hore a ikarabelle ka ntho eo a e entseng+ le ka ho phatlalatsa hore ea lokileng ha a na molato ’me u mo fe moputso ho ea ka lintho tse ntle tseo a li entseng.+

24 Haeba sechaba sa hao sa Iseraele se hloloa ke lira tsa sona hobane se ile sa u fosetsa+ ’me se boela se khutlela ho uena se rorisa lebitso la hao,+ se u rapela+ ebile se kopa u se hauhele ka tlung ena,+ 25 e se eka u ka utloa u le maholimong,+ oa tšoarela libe tsa sona ’me oa se khutlisetsa naheng eo u e fileng sona le baholo-holo ba sona.+

26 Ha pula e sa ne+ hobane sechaba se u etselitse sebe+ ’me se rapela se shebile sebaka sena, se tlotlisa lebitso la hao se bile se tlohela ho etsa sebe hobane u entse hore se ikokobetse,+ 27 e se eka u ka utloa u le maholimong ’me oa tšoarela libe tsa bahlanka ba hao e leng sechaba sa hao sa Iseraele hobane u tla se tataisa hore se tsamaee tseleng e nepahetseng+ u be u nese pula+ naheng eo u se fileng eona e le lefa.

28 Haeba ho e-ba le tlala naheng,+ lefu la seoa,+ limela li cha, ho e-ba le phori,+ litsie tse ngata kapa litsie tse senyang,+ sechaba se hlaseloa ke lira motseng+ leha e le ofe, ho e-ba le kotlo ea mofuta leha e le ofe le boloetse,+ 29 ha motho kapa Baiseraele bohle ba etsa thapelo+ kapa kopo+ ba shebile ntlong ena+ (kaha motho e mong le e mong o tseba ntho e mo utloisang bohloko),+ 30 e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng+ ’me oa ba tšoarela.+ U hlohonolofatse e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae hobane u tseba lipelo tsa bona (ke uena feela ea tsebang pelo ea motho),+ 31 e le hore ba ka u tšaba le ho u hlompha ’me ba tsamaee litseleng tsa hao bophelo bohle ba bona ha ba ntse ba lula naheng eo u e fileng baholo-holo ba rona.

32 Leha molichaba ea tsoang naheng e hole ka lebaka la lebitso la hao le leholo+ le matla a hao a tla mona ho tla rapela a shebile ntlong ena,+ 33 e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng. U etse sohle seo molichaba a se kopang e le hore batho bohle lefatšeng ba ka tseba lebitso la hao+ ’me ba u tšaba le ho u hlompha joaloka sechaba sa hao sa Iseraele. Hape ba tsebe hore ntlong ena eo ke e hahileng ke moo ho rorisoang lebitso la hao.

34 Haeba u roma batho ba hao ho ea loantša lira tsa bona sebakeng leha e le sefe+ ’me ba u rapela+ ba shebile motse ona oo u o khethileng le ntlo eo ke u hahetseng eona,+ 35 u utloe thapelo le kopo ea bona u le maholimong ’me u fane ka kahlolo bakeng sa bona.+

36 Haeba ba etsa sebe (kaha ha ho na motho ea sa etseng sebe)+ ebe oa ba halefela ebile u ba tlohela hore ba hloloe ke lira tsa bona ’me li ba isa botlamuoeng naheng e hole kapa e haufi,+ 37 haeba ha ba le moo ba bakela libe tsa bona ’me ba khutlela ho uena ebile ba kopa hore u ba hauhele ba re: ‘Re u foselitse ebile re entse sebe,’+ 38 haeba ba khutlela ho uena ka lipelo tsohle tsa bona+ le ka moea oohle oa bona ba le botlamuoeng+ ’me ba rapela ba shebile naha ea bona eo u e fileng baholo-holo ba bona le motse oo u o khethileng hammoho+ le ntlo eo ke u hahetseng eona, 39 u utloe thapelo le kopo ea bona u le maholimong sebakeng seo u lulang ho sona ’me u fane ka kahlolo bakeng sa bona.+ U tšoarele batho ba hao liphoso tseo ba u etselitseng tsona.

40 Molimo oa ka, e se eka u ka utloa thapelo e etsoang sebakeng sena.+ 41 Jehova Molimo, nyolohela sebakeng sa hao seo u tla phomola ho sona,+ uena le Areka ea matla a hao. Jehova Molimo, baprista ba hao ba ke ba bontše hore ke uena ea pholosang ’me ba u tšepahallang ba ke ba thabe ka lebaka la lintho tse molemo tseo u li etsang.+ 42 Jehova Molimo, u se ke oa lahla motlotsuoa oa hao.+ E se eka u ka hopola kamoo u neng u rata mohlanka oa hao Davida kateng.”+

7 Ha Solomone a qeta ho rapela,+ mollo oa theoha leholimong+ oa chesa nyehelo ea secheso le mahlabelo eaba khanya ea Jehova e tlala ntlo.+ 2 Baprista ba ne ba sa khone ho kena ka tlung ea Jehova hobane khanya ea Jehova e ne e tletse ntlo ea Jehova.+ 3 Sechaba sohle sa Iseraele se ne se shebeletse ha mollo o theoha ’me khanya ea Jehova e hlaha holim’a ntlo eaba se khumama sebakeng se katiloeng ka majoe ’me se leboha Jehova “hobane o molemo, lerato la hae ha le fele le ka mohla.”

4 Morena le Baiseraele bohle ba etsetsa Jehova sehlabelo.+ 5 Morena Solomone a etsa mahlabelo ka likhomo tse 22 000 le linku tse 120 000. Morena le Baiseraele bohle ba khakola ntlo ea Molimo oa ’nete.+ 6 Baprista ba ne ba eme moo ba sebetsang teng le Balevi ba eme ka liletsa tsa ho binela Jehova.+ (Morena Davida o ne a entse liletsa tsena bakeng sa ho leboha Jehova le ho mo rorisa ka tsona “kaha lerato la hae ha le fele le ka mohla.”) Baprista ba ne ba letsetsa literompeta+ holimo ka pel’a bona, ha Baiseraele bohle ba ntse ba eme.

7 Solomone a halaletsa karolo e bohareng ea lebala le ka pel’a ntlo ea Jehova. Ke hona moo a neng a tla etsetsa linyehelo tsa secheso+ le likarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsoeng hobane aletare ea koporo+ eo Solomone a neng a e entse e ne e sa khone ho lekana mahlabelo a secheso, linyehelo tsa lijo+ le likarolo tse mafura.+ 8 Solomone a etsa mokete ka matsatsi a supileng+ le Baiseraele bohle ba neng ba bokane ba tsoa Lebo-hamathe ho ea fihla Khohlong ea Egepeta.+ 9 Ka letsatsi la borobeli, ba tšoara kopano e hlomphehang+ hobane ba ile ba etsa mokete oa ho khakola aletare ka matsatsi a supileng ’me ba boela ba keteka ka matsatsi a mang a supileng. 10 Ka letsatsi la bo23 la khoeli ea bosupa, a re sechaba se khutlele malapeng a sona se thabile+ ka lebaka la lintho tse ntle tseo Jehova a neng a li etselitse Davida le Solomone le sechaba sa hae sa Iseraele.+

11 Solomone a qeta ho haha ntlo ea Jehova le ntlo ea morena.+ A etsa lintho tsohle tseo a neng a batla ho li etsa mabapi le ntlo ea Jehova le ntlo ea hae.+ 12 Jehova a hlaha ho Solomone+ bosiu ’me a re ho eena: “Ke utloile thapelo ea hao ’me ke ikhethetse sebaka sena e le ntlo eo ho tla etsetsoa mahlabelo ho eona.+ 13 Ha ke koala maholimo hore pula e se ke ea na ’me ke laela litsie hore li je naha le ha ke romela boloetse bo bolaeang har’a batho ba ka, 14 haeba batho ba bitsoang ka lebitso la ka+ ba ikokobetsa,+ ba rapela, ba mpatla ’me ba tlohela litsela tsa bona tse mpe,+ ke tla ba utloa ke le leholimong, ke tšoarele sebe sa bona ’me ke nchafatse naha ea bona.+ 15 Ke tla mamela thapelo e etsoang sebakeng sena.+ 16 Ke khethile ntlo ena ebile ke e halalelitse e le hore ke behe lebitso la ka moo ka ho sa feleng+ ’me mahlo a ka le pelo ea ka li tla lula li le moo.+

17 Haeba u lula u ntšepahalla joaloka ntate oa hao Davida ’me u etsa lintho tsohle tseo ke u laetseng tsona le ho mamela melao ea ka,+ 18 ke tla tiisa terone ea borena ba hao+ feela joalokaha ke entse selekane le ntate oa hao Davida+ ka re: ‘Ho tla lula ho e-na le e mong oa leloko la hao ea busang Iseraele.’+ 19 Empa haeba le ntlohela ’me le sa mamele melao le litaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona ’me le sebeletsa melimo e meng ebile le e rapela,+ 20 ke tla felisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng eona.+ Ntlo ena eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e tlosa ka pel’a ka ’me ke tla etsa hore e makalloe e be e tšehoe ke batho bohle.+ 21 Ntlo ena e tla senyeha. Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla+ a re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 22 Ba tla re: ‘Ke hobane ba lahlile Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta+ eaba ba sebeletsa melimo e meng le ho e rapela.+ Ke ka lebaka leo a ba tliselitseng tlokotsi ena.’”+

8 Qetellong ea lilemo tse 20 tseo ka tsona Solomone a hahileng ntlo ea Jehova le ntlo ea hae,+ 2 Solomone a tsosolosa metse eo Hirame+ a neng a mo file eona ’me a re Baiseraele ba lule moo. 3 A ea Hamathe-zoba a e hapa. 4 A tsosolosa Tadmore lefeelleng le metse eohle ea polokelo+ eo a neng a e hahile Hamathe.+ 5 A boela a haha Bethe-horone e ka Holimo+ le Bethe-horone e ka Tlase+ e leng metse e sirelelitsoeng ka marako, likeiti le mekoallo. 6 Solomone a haha le Baalathe,+ metse eohle ea hae ea polokelo, metse eohle ea likariki+ le metse ea bapalami ba lipere. A boela a haha lintho tsohle tseo a neng a batla ho li haha Jerusalema, Lebanone le metseng eohle eo a neng a e busa.

7 Batho bohle bao e seng karolo ea Baiseraele+ ba neng ba setse ho Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse,+ 8 litloholo tsa bona tse neng li setse naheng tseo Baiseraele ba neng ba sa li felisa,+ Morena Solomone o ile a li bitsa hore li tl’o etsa mosebetsi o boima ho fihlela letsatsing lena.+ 9 Empa ha ho na Moiseraele eo Solomone a ileng a mo etsa lekhoba bakeng sa mosebetsi oa hae+ hobane e ne e le masole a hae, baokameli ba balaoli ba masole a hae, baokameli ba likariki tsa hae tsa ntoa le ba bapalami ba lipere.+ 10 Morena Solomone o ne a e-na le matona a sehlooho a 250 a okametseng batho ba sebetsang.+

11 Solomone a tlosa morali oa Faro+ Motseng oa Davida a mo tlisa ntlong eo a mo hahetseng eona.+ O ile a re: “Le hoja e le mosali oa ka, ha aa lokela ho lula ka tlung ea Morena Davida oa Iseraele hobane libaka tseo Areka ea Jehova e tlileng ho tsona lia halalela.”+

12 Solomone a etsetsa Jehova mahlabelo a secheso+ holim’a aletare+ ea Jehova eo a neng a e hahile ka pel’a foranta.+ 13 A etsa linyehelo tsa letsatsi le letsatsi ho ea kamoo Moshe a neng a laetse kateng bakeng sa mahlabelo a Lisabatha,+ a etsoang ha likhoeli li qala+ le bakeng sa mekete e meraro e neng e e-ba teng ka selemo+ e leng Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso,+ Mokete oa Libeke+ le Mokete oa Maphephe.+ 14 A khetha lihlopha tsa baprista+ bakeng sa mesebetsi ea bona ho ea ka molao oa ntate oa hae Davida le Balevi bakeng sa mesebetsi ea bona hore ba rorise Molimo+ ’me ba sebeletse ka pel’a baprista letsatsi le letsatsi. A khetha balebeli ba likeiti lihlopheng tsa bona bakeng sa likeiti tse fapaneng+ hobane Davida mohlanka oa Molimo oa ’nete o ne a laetse joalo. 15 Ba ile ba mamela taelo eo morena a neng a e file baprista le Balevi tabeng ea litoro kapa tabeng leha e le efe. 16 Mosebetsi oohle oa Solomone o ne o hlophisehile, ho tloha ha ho ne ho etsoa motheo oa ntlo ea Jehova+ ho fihlela e qetoa. Kahoo, ntlo ea Jehova ea phethoa.+

17 Solomone a ea Ezione-gebere+ le Elothe+ lebopong la leoatle naheng ea Edomo.+ 18 Hirame+ a mo romella likepe le basesisi ba nang le boiphihlelo a sebelisa bahlanka ba hae. Ba ea Ofire+ le bahlanka ba Solomone, ba nka khauta e boima ba lik’hilokramo tse 15 390+ moo eaba ba e tlisa ho Morena Solomone.+

9 Mofumahali oa Sheba+ o ile a utloa hore Solomone o tumme. Kahoo, a tla Jerusalema ho tla mo botsa lipotso tse thata. O ne a tsamaea le batho ba bangata, likamele tse jereng oli ea balsame le khauta e ngata+ le majoe a bohlokoa. A ea ho Solomone ’me a mo botsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a batla ho e tseba.+ 2 Solomone a araba lipotso tsa hae kaofela. Ho ne ho se na potso eo a hlolehang ho e araba.

3 Ha mofumahali oa Sheba a bona kamoo Solomone a leng bohlale+ kateng, a bona ntlo eo a e hahileng,+ 4 lijo tse tafoleng ea hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba lutseng ka eona, basebeletsi ba hae ba fanang ka lijo tafoleng le moaparo oa bona, baqhatsetsi ba hae le moaparo oa bona le mahlabelo a hae a secheso ao a neng a a etsa kamehla ntlong ea Jehova,+ a sala a maketse. 5 A re ho morena: “Bohlale ba hao le lintho tseo u li entseng tseo ke li utloileng naheng ea heso ke ’nete. 6 Ke ne ke sa kholoe ho fihlela ke tla ’me ke li bona.+ Lintho tseo ke li utloileng ka uena le ka bohlale ba hao bo bongata ke linyane+ ha li bapisoa le lintho tseo ke li boneng.+ 7 Ho thaba batho ba hao le bahlanka ba hao ba lulang ba e-na le uena kamehla ’me ba utloa bohlale ba hao. 8 Ho rorisoe Jehova Molimo oa hao ea u bontšitseng hore oa u rata ka ho u beha teroneng ea hae u le morena bakeng sa Jehova Molimo oa hao. Kaha Molimo oa hao o rata Baiseraele,+ o u khethile hore u be morena oa bona hore u ba ahlole ka toka le ka ho loka, ho etsa hore ba be teng ka ho sa feleng.”

9 A fa morena khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang 4 000,+ oli ea balsame e ngata le majoe a bohlokoa. Le ka mohla ha hoa ka ha hlola ho tlisoa oli e ngata hakaalo ea balsame joaloka eo mofumahali oa Sheba a ileng a e tlisetsa Morena Solomone.+

10 Bahlanka ba Hirame le bahlanka ba Solomone ba neng ba tlisitse khauta e tsoang Ofire,+ ba boela ba tlisa lifate tsa algame le majoe a bohlokoa.+ 11 Morena a etsa litepisi ka lifate tsa algame bakeng sa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena.+ A boela a etsetsa libini liharepa le liletsa tse likhoele.+ Ho ne ho e-s’o ka ho bonoa lifate tse ngata hakaalo naheng ea Juda.

12 Morena Solomone a fa mofumahali oa Sheba lintho tseo a neng a li batla le tseo a neng a li kopile, a mo fa tse ngata ho feta tseo a neng a li tliselitse morena. Ka mor’a moo, mofumahali oa Sheba a khutlela naheng ea habo le bahlanka ba hae.+

13 Boima ba khauta e neng e tla ho Solomone ka selemo e ne e le lik’hilokramo tse ka bang 23 000,+ 14 ho sa baloe e tsoang ho bo-rakhoebo le ho marena ’ohle a Maarabia le matona a naha a neng a tlisa khauta le silevera ho Solomone.+

15 Morena Solomone a etsa lithebe tse kholo tse 200 tsa khauta e kopantsoeng le tšepe.+ (Thebe ka ’ngoe e ne e entsoe ka lik’hilokramo tse ka bang supa tsa khauta e kopantsoeng le tšepe.)+ 16 A etsa le lithebe tse nyenyane tse 300 tse entsoeng ka khauta e kopantsoeng le tšepe. (Thebe ka ’ngoe e ne e entsoe ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang peli.) Morena a li beha ka har’a Ntlo ea Moru oa Lebanone.+

17 Morena a boela a etsa terone e kholo ea manaka a tlou ’me a e koahela ka khauta.+ 18 Ho ne ho e-na le litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng e kopantsoeng le setuloana sa maoto sa khauta. Mahlakoreng a mabeli a setulo ho ne ho e-na le moo ho behoang matsoho, pel’a teng ho eme litau tse peli.+ 19 Ho ne ho e-na le litau tse 12+ tse emeng holim’a litepisi tse tšeletseng, tse ling li le ka lehlakoreng lena, tse ling li le ka lehlakoreng lane la litepisi. Ha ho na ’muso o mong o neng o entse ntho e tšoanang le ena. 20 Likopi tsohle tsa Morena Solomone li ne li entsoe ka khauta ’me lisebelisoa tsohle tsa Ntlo ea Moru oa Lebanone li entsoe ka khauta. Ho ne ho se na letho le entsoeng ka silevera hobane e ne e nkoa e se letho mehleng ea Solomone.+ 21 Likepe tsa morena li ne li ea Tarshishe+ le bahlanka ba Hirame.+ Hanngoe ka mor’a lilemo tse tharo likepe tse ling tsa Tarshishe li ne li tla li nkile khauta, silevera, manaka a litlou,+ litšoene le lipikoko.

22 Morena Solomone o ne a ruile a bile a le bohlale ho feta marena ’ohle a neng a le teng lefatšeng.+ 23 Marena ’ohle a lefatše a ne a batla ho utloa bohlale boo Molimo oa ’nete a neng a bo file Solomone.+ 24 Selemo le selemo, e mong le e mong o ne a tlisa lintho tsa silevera le tsa khauta, liaparo,+ lihlomo, oli ea balsame, lipere le limmoulo. 25 Solomone o ne a e-na le litala tsa lipere tse 4 000 le lipere tse hulang likariki tsa ntoa tse 12 000.+ O ile a li beha metseng ea likariki tsa ntoa le haufi le morena Jerusalema.+ 26 A laola marena ’ohle ho tloha Nokeng ho ea naheng ea Bafilista le ho ea moeling oa Egepeta.+ 27 Morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be ngata joaloka majoe le lifate tsa kedare li be ngata joaloka lifate tsa sikamora tse Shefela.+ 28 Batho ba ne ba tlisetsa Solomone lipere tse tsoang Egepeta+ le tse tsoang linaheng tse ling tsohle.

29 Histori eohle ea Solomone+ ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotsoe bukeng ea moprofeta Nathane+ le boprofeteng ba Akija+ oa Moshilo le tlalehong ea lipono tsa Ido+ ea neng a bona lipono tse mabapi le Jeroboame+ mora oa Nebate. 30 Solomone o ile a busa Iseraele eohle a le Jerusalema ka lilemo tse 40. 31 Solomone a shoa eaba o pateloa Motseng oa ntate oa hae+ Davida. Mora oa hae Roboame ea e-ba morena.+

10 Roboame a ea Shikeme+ hobane Baiseraele bohle ba ne ba tlile Shikeme ho tla mo etsa morena.+ 2 Jeroboame+ mora oa Nebate o ne a ntse a le Egepeta hobane o ne a balehile Morena Solomone.+ Ha a utloa ka taba ena, a khutla Egepeta. 3 Ba bitsa Jeroboame ’me eena le Baiseraele bohle ba tla ho Roboame ba re: 4 “Ntate oa hao o ne a re imelitse.+ Empa haeba u ka fokotsa mosebetsi o boima oo a re fileng oona ’me oa re tšoara hantle, re tla u sebeletsa.”

5 A re ho bona: “Khutlelang ho ’na ka mor’a matsatsi a mararo.” Ba tsamaea.+ 6 Morena Roboame a buisana le banna ba baholo ba neng ba sebeletsa ntate oa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke re’ng ho sechaba see?” 7 Ba re ho eena: “Haeba u tšoara sechaba sena hantle, u etsa lintho tse se thabisang ebile u lumela kopo ea sona, se tla lula se u sebeletsa.”

8 Roboame a se ke a mamela keletso eo banna ba baholo ba ileng ba mo fa eona empa a buisana le bahlankana bao a hotseng le bona bao e neng e se e le basebeletsi ba hae.+ 9 A re ho bona: “Ke re’ng ho batho baa ba itseng ke fokotse mosebetsi o boima oo ntate oa ka a ba fileng oona?” 10 Bahlankana bao a hotseng le bona ba re ho eena: “Bolella batho ba itseng ntate oa hao o ne a ba imelitse hore u tla ba imetsa ho feta ntate oa hao. 11 E-re ho bona: ‘Ntate oa ka o ne a le imelitse empa ’na ke tla le imetsa le ho feta. Ntate oa ka o le shapile ka liphali empa ’na ke tla le shapa ka liphali tse nang le metsu.’”

12 Jeroboame le batho bohle ba tla ho Roboame ka letsatsi la boraro feela joalokaha a ne a itse ba khutle.+ 13 Empa Morena Roboame a ba buisa hampe eaba ha a mamele keletso ea banna ba baholo. 14 Morena a bua le bona ho ea ka keletso eo bahlankana ba neng ba mo file eona a re: “Ke tla le imetsa ho feta kamoo le neng le imelitsoe kateng pele. Ntate oa ka o le shapile ka liphali empa ’na ke tla le shapa ka liphali tse nang le metsu.” 15 Morena a hana ho mamela sechaba hobane Molimo oa ’nete+ o ile a etsa hore ho be joalo e le hore ho ka phethahala mantsoe ao Jehova a a buileng ho Jeroboame mora oa Nebate a sebelisa Akija+ oa Moshilo.

16 Ha Baiseraele bohle ba bona hore morena o hana ho ba mamela, ba re ho eena: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora oa Jese. Baiseraele, a re khutleleng ho melimo ea rona. Hlokomela ntlo ea hao uena Davida.”+ Baiseraele bohle ba khutlela malapeng a bona.+

17 Roboame a ’na a busa Baiseraele ba lulang metseng ea Juda.+

18 Morena Roboame a roma Hadorame+ ea neng a etella pele batho ba bitselitsoeng ho sebeletsa morena empa Baiseraele ba mo tlepetsa ka majoe ho fihlela a shoa. Morena Roboame a khona ho kena ka kariking ea hae ea ntoa a balehela Jerusalema.+ 19 Haesale Baiseraele ba fetohela ntlo ea Davida ho fihlela letsatsing lena.

11 Ha Roboame a fihla Jerusalema, a bokella banna ba leloko la Juda le la Benjamine+ e leng masole a koetlisitsoeng a 180 000 hore a loantše Baiseraele e le hore a khutlisetse borena ho eena.+ 2 Jehova a bua le Shemaia+ mohlanka oa Molimo oa ’nete a re: 3 “E-re ho Roboame mora oa Solomone morena oa Juda le ho Baiseraele bohle ba naheng ea Juda le ea Benjamine, 4 ‘Jehova o re: “Le se ke la e’o loantša bana ba bo lona. E mong le e mong a khutlele ha hae hobane ke ’na ea entseng hore ntho ena e etsahale.”’”+ Ba mamela seo Jehova a se buileng ’me ba khutla, ba se ke ba hlasela Jeroboame.

5 Roboame a lula Jerusalema ’me a haha metse e sirelelitsoeng ka marako Juda. 6 A haha Bethlehema,+ Etame, Tekooa,+ 7 Bethe-zure, Soko,+ Adulame,+ 8 Gathe,+ Maresha, Zife,+ 9 Adoraime, Lakishe,+ Azeka,+ 10 Zora, Ajalone+ le Hebrone+ e leng metse e sirelelitsoeng ka marako, e neng e le Juda le Benjamine. 11 A boela a tiisa libaka tse sirelelitsoeng ka marako ’me a beha baeta-pele ho tsona eaba o isa lijo, oli le veine ho tsona. 12 A fa metse eohle lithebe tse kholo le marumo. A etsa hore e be libaka tse sireletsehileng haholo, a ’na a busa Juda le Benjamine.

13 Baprista le Balevi ba neng ba tsoa libakeng tsohle tsa Iseraele ba ema le eena. 14 Balevi ba tlohela libaka tsa bona le maruo a bona+ ’me ba tla Juda le Jerusalema hobane Jeroboame le bara ba hae ba ne ba ba lelekile hore ba se ke ba sebeletsa e le baprista ba Jehova.+ 15 Jeroboame a ikhethela baprista bakeng sa libaka tse phahameng,+ bakeng sa bademona ba kang lipoli+ le bakeng sa manamane ao a neng a a entse.+ 16 Batho ba tsoang malokong ’ohle a Iseraele ba neng ba ikemiselitse ho sebeletsa Jehova Molimo oa Iseraele ka lipelo tsohle, ba ba latela ho ea Jerusalema ho ea etsetsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona mahlabelo.+ 17 Ka lilemo tse tharo, ba tiisa borena ba Juda le ho tšehetsa Roboame mora oa Solomone. Ba ile ba tsamaea mehlaleng ea Davida le Solomone ka lilemo tseo tse tharo.

18 Roboame a nyala Mahalathe morali oa Jerimothe mora oa Davida. ’Mè oa Mahalathe e ne e le Abikaile morali oa Eliabe+ mora oa Jese. 19 Ka mor’a nako, ba e-ba le bara e leng Jeushe, Shemaria le Zahame. 20 A boela a nyala Maaka setloholo sa Absalome.+ Ha nako e ntse e ea a mo tsoalla Abija,+ Atai, Ziza le Shelomithe. 21 Roboame o ne a rata Maaka setloholo sa Absalome ho feta basali ba bang ba hae kaofela le lirethe tsa hae.+ O ne a e-na le basali ba 18 le lirethe tse 60 ’me a e-na le bara ba 28 le barali ba 60. 22 Roboame a khetha Abija mora oa Maaka hore e be hlooho le moeta-pele oa bana babo hobane o ne a rerile ho mo etsa morena. 23 A etsa lintho ka bohlale ’me a isa ba bang ba bara ba hae libakeng tsohle tsa Juda le Benjamine, metseng eohle e sirelelitsoeng ka marako+ ’me a ba fa lintho tse ngata le ho ba fumanela basali ba bangata.

12 Hang ha borena ba Roboame bo tiile+ ’me a se a le matla, eena le Baiseraele bohle ba tlohela Molao oa Jehova.+ 2 Ka selemo sa bohlano sa Morena Roboame, Morena Shishake+ oa Egepeta a hlasela Jerusalema hobane Baiseraele bohle ba ne ba sa tšepahalla Jehova. 3 O ne a e-na le likariki tsa ntoa tse 1 200, bapalami ba lipere ba 60 000 le masole a se nang palo a tlileng le eena ho tsoa Egepeta, e le Balibia, Basuke le Baethiopia.+ 4 A hapa metse ea Juda e sirelelitsoeng ka marako ’me qetellong a fihla Jerusalema.

5 Moprofeta Shemaia+ a tla ho Roboame le ho likhosana tsa Juda tse neng li bokane Jerusalema ka lebaka la ho tšaba Shishake ’me a re ho tsona: “Jehova o re, ‘Le ntlohetse ’me le ’na ke tla tlohela+ Shishake hore a le hlasele.’” 6 Likhosana tsa Iseraele le morena ba ikokobetsa+ ’me ba re: “Jehova o lokile.” 7 Ha Jehova a bona hore ba ikokobelitse, Jehova a re ho Shemaia: “Kaha ba ikokobelitse, nke ke ka ba felisa.+ Ke tla ba pholosa haufinyane. Nke ke ka ba halefela ebile nke ke ka lumella Shishake hore a felise Jerusalema. 8 Empa e tla ba bahlanka ba hae e le hore ba ka tseba phapang pakeng tsa ho ntšebeletsa le ho sebeletsa marena a linaha tse ling.”

9 Morena Shishake oa Egepeta a hlasela Jerusalema. A nka matlotlo a ntlo ea Jehova+ le a ntlo ea morena. A nka le lintho tsohle ho akarelletsa le lithebe tsa khauta tseo Solomone a neng a li entse.+ 10 Morena Roboame a etsa lithebe tsa koporo sebakeng sa tseo ’me a re li hlokomeloe ke balaoli ba balebeli ba neng ba lebela monyako oa ntlo ea morena. 11 Neng kapa neng ha morena a tla ntlong ea Jehova, balebeli ba ne ba kena ba nkile lithebe tseo. Ka mor’a moo, ba ne ba li khutlisetsa kamoreng ea balebeli. 12 Morena o ile a ikokobetsa eaba Jehova o khaotsa ho mo halefela+ ’me a se ke a ba felisa.+ Ho ne ho boetse ho e-na le lintho tse ntle tseo Bajuda ba neng ba li etsa.+

13 Puso ea Morena Roboame ea e-ba matla Jerusalema ’me a tsoela pele ho busa. Roboame o ne a le lilemo li 41 ha e e-ba morena. O busitse Jerusalema ka lilemo tse 17 e leng motse oo Jehova a neng a o khethile malokong ’ohle a Iseraele e le sebaka seo a tla beha lebitso la hae ho sona. Lebitso la ’mè oa morena e ne e le Naama oa Moamone.+ 14 Empa Roboame o ile a etsa lintho tse mpe hobane o ne a sa ikemisetsa ho batla tataiso ea Jehova.+

15 Histori ea Roboame ho tloha qalong ho fihlela qetellong e hlaha tlalehong ea maloko, mantsoeng a moprofeta Shemaia+ le a Ido+ ea bonang lipono. Roboame le Jeroboame+ ba ne ba lula ba loantšana. 16 Roboame a shoa eaba o pateloa Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Abija+ ea e-ba morena.

13 Ha Morena Jeroboame a e-na le lilemo tse 18 a busa, Abija ea e-ba morena oa Juda.+ 2 A busa Jerusalema ka lilemo tse tharo. ’Mè oa hae e ne e le Mikea+ morali oa Uriele oa Gibea.+ Abija le Jeroboame ba ne ba loantšana.+

3 Abija a ea ntoeng le masole a matla a koetlisitsoeng+ a 400 000. Jeroboame a itokisetsa ho ea mo loantša ka banna ba matla ba koetlisitsoeng ba 800 000. 4 Abija a ema holim’a Thaba ea Zemaraime e lithabeng tsa Efraime ’me a re: “ ’Mamele Jeroboame, uena le Baiseraele bohle. 5 Na ha le tsebe hore Jehova Molimo oa Iseraele o file Davida le bara ba hae+ ’muso oa Iseraele ka ho sa feleng+ ka selekane sa letsoai?+ 6 Empa Jeroboame+ mora oa Nebate, mohlanka oa Solomone mora oa Davida, a fetohela morena oa hae.+ 7 Banna ba sa sebetseng, ba se nang thuso ba tla ho eena. Ba ile ba khona ho fetohela Roboame mora oa Solomone ha a sa le mocha ebile a le boi ’me a sa khone ho loana le bona.

8 Joale lona le nahana hore le ka loantša ’muso oa Jehova o matsohong a bara ba Davida hobane feela le le bangata le bile le e-na le manamane a khauta ao Jeroboame a le etselitseng ’ona hore e be melimo ea lona?+ 9 Le lelekile baprista ba Jehova,+ litloholo tsa Arone le Balevi, la ba la ikhethela baprista joaloka lichaba tsa linaha tse ling.+ Ha motho a tla ka pohoana le liramo tse supileng, le ne le mo etsa moprista oa litšoantšo tseo e seng melimo. 10 Ha e le rona, Jehova ke Molimo oa rona+ ’me ha rea mo lahla. Baprista ba rona e leng litloholo tsa Arone, ba sebeletsa Jehova ’me Balevi baa ba thusa. 11 Hoseng ho hong le ho hong le mantsiboea a mang le a mang ba etsetsa Jehova mosi oa linyehelo tsa secheso+ le libano tse nkhang hamonate+ ’me ba lokisa bohobe+ bo holim’a tafole ea khauta e hloekileng. Mantsiboea a mang le a mang ba khantša mabone+ a seluloana sa khauta+ hobane re phetha boikarabelo boo Jehova Molimo oa rona a re fileng bona empa lona le mo lahlile. 12 Molimo oa ’nete o na le rona ’me o re etella pele ka baprista ba hae le ka literompeta tse letsang molumo oa ntoa hore re le loantše. Banna ba Iseraele, le se ke la loantša Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona hobane le ke ke la hlola.”+

13 Jeroboame a beha masole a tla ipata ka mor’a bona hore a ba hlasele. Kahoo, masole a mang a hae, a ne a le ka pel’a Bajuda ’me a mang a ipatile ka mor’a bona. 14 Ha banna ba Juda ba hetla, ba hlokomela hore ba hlaseloa ka pele le ka morao. Ba llela ho Jehova+ ha baprista ba ntse ba letsetsa literompeta holimo. 15 Banna ba Juda ba hoeletsa ’me ha ba hoeletsa joalo, Molimo oa ’nete a hlola Jeroboame le Baiseraele bohle ka pel’a Abija le Juda. 16 Baiseraele ba baleha Juda ’me Molimo a etsa hore ba ba hlole. 17 Abija le batho ba hae ba ba bolaea ka bongata, ba bolaea banna ba koetlisitsoeng ba Iseraele ba 500 000. 18 Letsatsing leo banna ba Iseraele ba tlotlolleha. Banna ba Juda ba ba hlola hobane ba ne ba tšepile Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.+ 19 Abija a lelekisa Jeroboame ’me a hapa metse ho eena e leng Bethele+ le metse e haufi le eona, Jeshana le metse e haufi le eona le Efraine+ le metse e haufi le eona. 20 Jeroboame ha aa ka a hlola a e-ba le matla mehleng ea Abija. Jehova o ile a mo otla ’me a shoa.+

21 Abija a ’na a ba matla. Ha nako e ntse e ea, a nyala basali ba 14,+ a ba le bara ba 22 le barali ba 16. 22 Histori eohle ea Abija, lintho tseo a li entseng le mantsoe a hae, li tlalehiloe mangolong a moprofeta Ido.+

14 Abija a shoa eaba o pateloa Motseng oa Davida+ ’me mora oa hae Asa ea e-ba morena. Ha a ne a busa, ho ile ha e-ba le khotso naheng ka lilemo tse leshome.

2 Asa o ile a etsa lintho tse ntle le tse thabisang Jehova Molimo oa hae. 3 A tlosa lialetare tsa melimo e meng+ le libaka tse phahameng, a thuha lipilara tse halalelang+ a ba a khaola lipalo tse halalelang.+ 4 Hape a bolella Bajuda hore ba sebeletse Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona le hore ba mamele Molao le litaelo. 5 A tlosa libaka tse phahameng le liluloana tsa libano+ metseng eohle ea Juda. Ho ne ho e-na le khotso nakong eo a neng a busa. 6 O ile a haha metse e sirelelitsoeng ka marako Juda+ hobane ho ne ho e-na le khotso naheng ’me ho se na ba mo loantšang lilemong tsena kaha Jehova o ne a mo phomolitse.+ 7 A re ho Bajuda: “A re haheng metse ena, re e etsetse marako, litora,+ likeiti le mekoallo ho e potoloha. Naha e sa ntsane e le ea rona hobane re sebelelitse Jehova Molimo oa rona. Ke kahoo a re phomolitseng ho lira tsohle tsa rona.” Ba ile ba haha ’me ba atleha.+

8 Asa o ne a e-na le masole a 300 000 a tsoang Juda, a tšoarang lithebe tse kholo le marumo. Ba tsoang lelokong la Benjamine e ne e le banna ba matla ba 280 000 ba neng ba tšoara lithebe tse nyenyane le liqha.+

9 Hamorao Zera oa Moethiopia a ba hlasela ka masole a milione le likariki tsa ntoa tse 300.+ Ha a fihla Maresha,+ 10 Asa a tsoa ho ea mo loantša eaba ba itokisetsa ho loana Khohlong ea Zefatha e Maresha. 11 Asa a kopa thuso ho Jehova Molimo oa hae+ a re: “Jehova, u thusa batho ho sa tsotellehe hore na ba bangata kapa baa fokola.+ Re thuse Jehova Molimo oa rona hobane re tšepetse ho uena+ ’me re tlile ho tla loantša masole ana a mangata ka lebitso la hao.+ Jehova, u Molimo oa rona. U se ke oa lumella motho hore a u hlole.”+

12 Jehova a hlola Baethiopia ka pel’a Asa le Bajuda ’me Baethiopia ba baleha.+ 13 Asa le batho ba neng ba e-na le eena ba ba lelekisa ho ea fihla Gerare.+ Baethiopia ba shoa kaofela hobane ba ile ba hloloa ke Jehova le lebotho la hae. Ka mor’a moo, Bajuda ba hapa thepa e ngata. 14 Hape ba hlasela metse eohle e potolohileng Gerare hobane Jehova o ne a entse hore baahi ba metse eo ba tšohe. Ba nka thepa ea metse eo eohle hobane e ne e e-na le thepa e ngata. 15 Ba boela ba hlasela litente tsa ba nang le liphoofolo, ba hapa linku le likamele tse ngata eaba ba khutlela Jerusalema.

15 Moea oa Molimo oa e-ba holim’a Azaria mora oa Odede. 2 A ea ho Asa ’me a re ho eena: “Asa le lona Bajuda le Babenjamine kaofela, ’mameleng. Jehova o na le lona hafeela le sa mo tlohele+ ’me haeba le mo batla o tla etsa hore le mo fumane+ empa haeba le mo tlohela o tla le tlohela.+ 3 Ka nako e telele Baiseraele ba ne ba sa sebeletse Molimo oa ’nete, ba se na moprista ea ba rutang ba bile ba sa boloke Molao.+ 4 Ha ba le mathateng, ba ne ba khutlela ho Jehova Molimo oa Iseraele ’me ba mo batla ebe o etsa hore ba mo fumane.+ 5 Ka nako eo, ho ne ho se na motho ea ka tsamaeang a sireletsehile hobane baahi bohle ba linaha ba ne ba loantšana. 6 Sechaba se ne se felisoa ke se seng le motse o felisoa ke o mong hobane Molimo o ile a ba ferekanya ka mathata a mefuta eohle.+ 7 Empa lona le be matla ’me le se ke la nyahama+ hobane mosebetsi oa lona o tla putsoa.”

8 Ha Asa a utloa mantsoe ana le boprofeta ba moprofeta Odede, a ba sebete ’me a tlosa litšoantšo tse nyonyehang naheng eohle ea Juda+ le Benjamine le metseng eo a neng a e hapile lithabeng tsa Efraime eaba o tsosolosa aletare ea Jehova e neng e le ka pel’a foranta ea ntlo ea Jehova.+ 9 A bokella Bajuda le Babenjamine bohle le balichaba ba neng ba e-na le bona ba tsoang lelokong la Efraime, la Manase le la Simeone+ hobane ba ile ba tlohela Iseraele ba ea ho eena ba le bangata haholo ha ba bona hore Jehova Molimo oa hae o na le eena. 10 Ba bokana Jerusalema ka khoeli ea boraro ha Asa a se a e-na le lilemo tse 15 a busa. 11 Letsatsing leo ba etsetsa Jehova mahlabelo ka likhomo tse 700 le linku tse 7 000 ho tsoa linthong tseo ba neng ba li hapile. 12 Hape ba etsa selekane sa ho batla Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ka lipelo tsa bona tsohle le ka moea oa bona oohle.+ 13 Mang kapa mang ea neng a ke ke a batla Jehova Molimo oa Iseraele o ne a tla bolaoa ebang o moholo kapa o monyenyane ebang ke monna kapa mosali.+ 14 Ba ikana ho Jehova ka mantsoe a phahameng, ba hoelelitse ka thabo ’me ba letsa literompeta le manaka. 15 Bajuda bohle ba thaba ka lebaka la kano eo ba e entseng hobane ba ne ba e entse ka lipelo tsohle tsa bona, ba batlile Molimo ’me a entse hore ba mo fumane.+ Jehova a ba phomotsa ho lira tsohle tsa bona.+

16 Morena Asa a tlosa le nkhono oa hae Maaka+ boemong ba bofumahali hobane o ne a etselitse palo e halalelang setšoantšo se rapeloang se nyonyehang.+ Asa a liha setšoantšo seo, a se silakanya ’me a se chesetsa Khohlong ea Kidrone.+ 17 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa+ Iseraele.+ Leha ho le joalo, Asa o ile a sebeletsa Molimo ka pelo eohle bophelo bohle ba hae.+ 18 A tlisa lintho tseo eena le ntate oa hae ba li halalelitseng ka tlung ea Molimo oa ’nete e leng silevera, khauta le lisebelisoa tse fapa-fapaneng.+ 19 Ka lilemo tse 35 tsa puso ea Asa, ho ne ho se na ntoa.+

16 Ha Asa a e-na le lilemo tse 36 a busa, Morena Basha+ oa Iseraele a hlasela Juda ’me a haha Rama+ e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tsoang kapa ea kenang Juda ho Morena Asa.+ 2 Asa a ntša silevera le khauta matlotlong a ntlo ea Jehova+ le a ntlo ea morena, a li romela ho Morena Ben-hadade oa Siria+ ea neng a lula Damaseka a re: 3 “Ke entse selekane le uena joalokaha ntate oa ka a ne a se entse le ntate oa hao. Ke u romella silevera le khauta. Tloo ’me u khaole selekane sa hao le Morena Basha oa Iseraele e le hore a ka ntlohela.”

4 Ben-hadade a mamela Morena Asa ’me a romela balaoli ba hae ba masole hore ba hlasele metse ea Iseraele. Ba hapa motse oa Ijone,+ Dane+ le Abele-maime le libaka tsohle tsa polokelo tsa metse ea Nefthali.+ 5 Ha Basha a utloa ka taba ena, hang-hang a emisa mosebetsi oa hae oa ho haha Rama. 6 Morena Asa a bitsa Bajuda bohle, ba nka majoe le lifate tsa Rama+ tseo Basha a neng a haha ka tsona+ eaba o haha Geba+ le Mizpa+ ka tsona.

7 Ka nako eo, Hanani+ oa seboni a tla ho Morena Asa oa Juda ’me a re ho eena: “Kaha ha oa tšepa Jehova Molimo oa hao empa u tšepile morena oa Siria, masole a hae a u phonyohile.+ 8 Baethiopia le Balibia e ne e le masole a mangata haholo, ba e-na le likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere ba bangata. Empa kaha u ne u tšepile Jehova, o ile a u thusa hore u ba hlole.+ 9 Mahlo a Jehova a shebile lefatšeng lohle ka hloko+ hore a bontše matla a hae ka hore a thuse bohle ba mo sebeletsang ka lipelo tsohle.+ U entse booatla tabeng ena. Ho tloha hona joale ho ea pele, ho tla ba le batho ba u loantšang.”+

10 Leha ho le joalo, Asa a khopisoa ke mantsoe a seboni seo eaba o se kenya teronkong hobane o ne a se halefetse. Ka eona nako eo, Asa a qala ho tšoara batho ba bang hampe. 11 Histori ea Asa ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotsoe Bukeng ea Marena a Juda le a Iseraele.+

12 Ha Asa a qetile lilemo tse 39 a busa, a tšoaroa ke boloetse ba maoto bo ileng ba mo kulisa haholo. Leha a se a kula, ha aa ka a batla thuso ho Jehova empa o ile a e batla ho bafolisi. 13 Asa a shoa+ a busitse ka lilemo tse 41. 14 Ba mo pata lebitleng le letle haholo leo a neng a icheketse lona Motseng oa Davida,+ ba mo beha holim’a bethe e neng e tšetsoe ka oli e ngata ea balsame le ka mafura a khethehileng a entsoeng ka metsoako e fapaneng.+ Ba mo etsetsa mollo o moholo lepatong la hae.

17 Mora oa hae Josafate+ ea e-ba morena ’me puso ea hae ea e-ba matla Iseraele. 2 A beha masole metseng eohle e sirelelitsoeng ka marako ea Juda ’me a beha a mang naheng ea Juda le metseng ea Efraime eo ntate oa hae Asa a neng a e hapile.+ 3 Jehova a ’na a ba le Josafate hobane o ne a etsisa moholo-holo oa hae Davida+ ’me a sa sebeletse melimo ea Baale. 4 O ile a batla Molimo oa ntate oa hae+ ’me a latela litaelo tsa hae ho e-na le ho latela liketso tsa Iseraele.+ 5 Jehova a tiisa puso ea Josafate+ ’me Bajuda bohle ba ’na ba mo fa limpho. Josafate o ile a ba le maruo le khanya e ngata.+ 6 O ne a le sebete ’me a latela litsela tsa Jehova. O ile a ba a tlosa libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang+ Juda.

7 Ha a e-na le lilemo tse tharo a busa, a re ho bitsoe likhosana tsa hae e leng Ben-haile, Obadia, Zakaria, Nethaniele le Mikaia hore ba tl’o ruta metseng ea Juda. 8 Ba ne ba e-na le Balevi e leng Shemaia, Nethania, Zebadia, Asahele, Shemiramothe, Jonathane, Adonija, Tobija le Tob-adonija ’me ba e-na le baprista Elishama le Jorame.+ 9 Ba ile ba ruta Juda ba nkile buka ea Molao oa Jehova+ ’me ba tsamaea metseng eohle ea Juda ba ruta sechaba.

10 Mebuso eohle ea linaha tse neng li potolohile Juda e ile ea tšaba Jehova ’me ha ea ka ea loantša Josafate. 11 Bafilista ba tlisetsa Josafate limpho le chelete ea lekhetho. Maarabia a ile a mo tlisetsa liramo tse 7 700 le liphooko tse 7 700 ho tsoa liphoofolong tsa bona.

12 Josafate a ’na a ba matla haholo+ ’me a haha libaka tse sirelelitsoeng ka marako+ le metse ea polokelo+ Juda. 13 O ile a etsa mesebetsi e mengata metseng ea Juda hape a e-na le masole a matla Jerusalema. 14 A ne a hlophisitsoe ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona: Ho Juda ho ne ho e-na le balaoli ba ba likete, Adna e ne e le molaoli ’me a e-na le banna ba matla ba 300 000.+ 15 Molaoli Johanane o ne a ikarabella ho eena ’me a e-na le ba 280 000. 16 Amasia mora oa Zikri ea neng a ithaopetse ho sebeletsa Jehova le eena o ne a ikarabella ho eena ’me a e-na le banna ba matla ba 200 000. 17 Ho tsoa ho Benjamine+ e ne e le Eliada, monna ea matla ’me o ne a e-na le banna ba 200 000 ba tšoereng liqha le lithebe.+ 18 Jozabade o ne a ikarabella ho eena ’me a e-na le banna ba 180 000 ba tšoereng libetsa bakeng sa ntoa. 19 Banna bana ba ne ba sebeletsa morena ho ekelletsa ho bao morena a neng a ba behile metseng e sirelelitsoeng ka marako naheng eohle ea Juda.+

18 Josafate o ne a e-na le maruo le khanya e ngata+ empa a etsa selekane sa lenyalo le Akabe.+ 2 Lilemo hamorao a theohela Samaria ho Akabe+ ’me Akabe a etsetsa Josafate le batho ba neng ba e-na le eena sehlabelo ka linku le likhomo tse ngata. A mo khothaletsa hore a hlasele Ramothe-gileade.+ 3 Morena Akabe oa Iseraele a re ho Morena Josafate oa Juda: “Na u tla ea le ’na motseng oa Ramothe-gileade?” A re ho eena: “Ke tla ea le uena le sechaba sa ka ’me re tla u tšehetsa ntoeng.”

4 Empa Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ke kopa u botse Jehova pele ka taba ena.”+ 5 Morena oa Iseraele a bokella baprofeta ba 400 ’me a re ho bona: “Na re ka e’o loantša motse oa Ramothe-gileade kapa ke o tlohele?” Ba re: “Tsamaea ’me Molimo oa ’nete o tla u thusa hore u hlole.”

6 Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong oa Jehova moo?+ Le eena a re mo botseng.”+ 7 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong+ eo re ka mo botsang hore na Jehova o re’ng ka taba ena. Empa ke mo hloile hobane ha ho mohla a profetang lintho tse ntle ka ’na, o lula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora oa Imla.” Josafate a re: “Morena a se ke a bua ka tsela ena.”

8 Morena oa Iseraele a bitsa molaoli oa lekhotla a re: “Potlaka u tle le Mikaia mora oa Imla.”+ 9 Morena oa Iseraele o ne a lutse teroneng ea hae le Josafate morena oa Juda a lutse teroneng ea hae, ba apere liaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba lutse seotlong keiting ea Samaria ’me baprofeta bohle ba profeta ka pel’a bona. 10 Tsedekia mora oa Kenana a iketsetsa manaka a tšepe ’me a re: “Jehova o re, ‘U tla hlaba Basiria ka manaka ana ho fihlela u ba felisitse.’” 11 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta se tšoanang ba re: “Tsamaea u e’o loantša Ramothe-gileade ’me Jehova o tla u thusa hore u e hlole.”+

12 Moromuoa ea neng a il’o bitsa Mikaia a re ho eena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le uena ke kopa u bue lintho tse ntle.”+ 13 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova ea phelang hore ke tla bua seo Molimo oa ka a tla mpolella sona.”+ 14 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho eena: “Mikaia, re loantše Ramothe-gileade kapa ke e tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaea u e’o e loantša ’me le tla e hlola.” 15 Morena a re ho eena: “Ke tla etsa hore u hlapanye ka makhetlo a makae e le hore u bue ’nete ’me u bue feela seo Jehova a u boleletseng sona?” 16 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane lithabeng joaloka linku tse se nang molisa.+ Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”

17 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha kea u bolella hore a ke ke a profeta lintho tse ntle ka ’na empa o tla profeta tse mpe feela?”+

18 Mikaia a re: “Utloa lentsoe la Jehova: Ke bone Jehova a lutse teroneng+ ea hae ’me mangeloi ’ohle+ a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letšehali.+ 19 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Morena Akabe oa Iseraele e le hore a ee Ramothe-gileade ’me a shoelle teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena ’me le leng le re tjena. 20 Lengeloi+ le leng la tla ka pel’a Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘U tla mo thetsa joang?’ 21 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’ A re ho lona, ‘Tsamaea u e’o mo thetsa hobane u tla atleha.’ 22 Jehova o entse hore baprofeta bana ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova eena o ikemiselitse ho u fa kotlo.”

23 Tsedekia+ mora oa Kenana a atamela ho Mikaia+ ’me a mo otla lerameng+ a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile joang ’me la bua le uena?”+ 24 Mikaia a re: “U tla bona hore na le u fetile joang mohlang u e’o ipata kamoreng e ka hare-hare.” 25 Morena oa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora oa morena. 26 U re ho bona, ‘Morena o re: “Koallang monna enoa teronkong+ ’me le fokotse metsi le lijo tseo a lokelang ho li fuoa ho fihlela ke khutla ke ntse ke phela.”’” 27 Empa Mikaia a re: “Haeba u ka khutla u ntse u phela, e tla ba Jehova ha aa bua le ’na.”+ A boela a re: “Lona sechaba, le hopole mantsoe ana.”

28 Morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ea Ramothe-gileade.+ 29 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara liaparo tse ling ebe ke kena ntoeng empa uena u apare liaparo tsa hao tsa borena.” Morena oa Iseraele a apara liaparo tse ling eaba ba kena ntoeng. 30 Morena oa Siria o ne a itse ho balaoli ba likariki tsa hae tsa ntoa: “Le se ke la loantša motho ofe kapa ofe empa le loantše morena oa Iseraele feela.” 31 Ha balaoli ba likariki tsa ntoa ba bona Josafate ba re: “Enoa ke eena morena oa Iseraele.” Ba ea ho eena ba mo loantša eaba Josafate oa hoeletsa o kopa thuso.+ Jehova a mo thusa ’me a etsa hore ba mo tlohele. 32 Ha balaoli ba likariki tsa ntoa ba bona hore ha se morena oa Iseraele, hang-hang ba khutla.

33 Monna e mong a betsa motsu oa seqha sa hae, ha etsahala hore motsu oo o kene seaparong sa tšepe sa morena oa Iseraele ’me o mo hlabe. Morena a re ho mokhanni oa kariki ea hae ea ntoa: “Ke kopa u ntlose ntoeng hobane ke lemetse haholo.”+ 34 Ntoa ea tsoela pele letsatsi lohle. Morena oa Iseraele a tlameha ho ema a tšehelitsoe kariking ea hae ea ntoa, a shebile Basiria ho fihlela mantsiboea, a shoa ha letsatsi le likela.+

19 Morena Josafate oa Juda a khutlela ntlong ea hae Jerusalema a sireletsehile.+ 2 Jehu+ mora oa Hanani+ ea bonang lipono a ea ho Morena Josafate a re ho eena: “Na ke hantle hore ebe u thusa ba khopo+ ’me u rata ba hloileng Jehova?+ Jehova o u halefetse ka lebaka la sena. 3 Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ntle tseo Molimo a li fumaneng ho uena+ hobane u ile oa tlosa lipalo tse halalelang naheng ’me oa ikemisetsa ho sebeletsa Molimo oa ’nete.”+

4 Josafate o ne a lula Jerusalema ’me o ile a boela a ea ho sechaba ho tloha Beersheba ho ea lithabeng tsa Efraime,+ a se khothaletsa hore se khutlele ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba sona.+ 5 Hape o ile a beha baahloli naheng eohle, metseng eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka marako.+ 6 A re ho baahloli bao: “Le nahane ka seo le se etsang hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova ’me o na le lona ha le ahlola.+ 7 Le tšabe Jehova.+ Hlokomelang seo le se etsang hobane Jehova Molimo oa rona o rata toka,+ ha a na khethollo+ ebile ha a nke tjotjo.”+

8 Le Jerusalema Josafate a beha ba bang ba Balevi le baprista le lihlooho tse ling tsa malapa a Iseraele hore e be baahloli bakeng sa Jehova le hore ba ahlole linyeoe tsa baahi ba Jerusalema.+ 9 A ba laela a re: “Ha le etsa mosebetsi oa lona le tšabe Jehova, le mo tšepahalle ’me le mo sebeletse ka lipelo tsohle. 10 Haeba bana ba bo lona ba lulang metseng e meng ba tlisa nyeoe e mabapi le ho bolaea+ kapa ba botsa ka molao, taelo kapa likahlolo, le ba hlokomelise seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba se ke ba e-ba molato ka pel’a Jehova, ho seng joalo o tla le halefela le bana ba bo lona. Le etse sena e le hore le se ke la ba molato. 11 Amaria moprista e moholo o tla le okamela bakeng sa litaba tsohle tsa Jehova.+ Zebadia mora oa Ishmaele e tla ba moeta-pele oa ntlo ea Juda bakeng sa litaba tsohle tse mabapi le morena. Balevi e tla ba balaoli ba lona. Le etse mosebetsi oa lona ka sebete ’me e se eka Jehova a ka ba le ba etsang se molemo.”+

20 Ka mor’a moo, Bamoabe,+ Baamone+ le Baamonime ba bang, ba tla ho tla loantša Josafate. 2 Batho ba re ho Josafate: “Ho na le batho ba bangata ba tl’o u hlasela ba tsoang Edomo+ sebakeng se leoatleng ’me ke bane ba Hazazone-tamare e leng Ene-gedi.”+ 3 Ha Josafate a utloa seo, a tšoha ’me a etsa qeto ea ho batla Jehova.+ A bolella Bajuda bohle hore ba itime lijo. 4 Bajuda ba bokana hore ba tl’o botsa Jehova.+ Ba ne ba tsoa metseng eohle ea Juda ho tla batla tataiso ho Jehova.

5 Josafate a ema har’a phutheho ea Juda le Jerusalema ka tlung ea Jehova ka pel’a lebala le lecha 6 a re:

“Jehova Molimo oa baholo-holo ba rona, na ha u Molimo ea leholimong+ ’me na ha se uena ea laolang mebuso eohle ea lichaba?+ U na le matla ’me ha ho na ea ka emang khahlanong le uena.+ 7 Molimo oa rona, na ha oa ka oa leleka baahi ba naha ee ka pel’a sechaba sa hao sa Iseraele ’me oa e fa litloholo tsa motsoalle oa hao Abrahama+ hore e be ea bona ka ho sa feleng? 8 Ba ile ba lula ho eona ’me ba hahela lebitso la hao+ sehalalelo moo ba re, 9 ‘Haeba re hlaheloa ke tsietsi, ebang re hlaseloa ka sabole, re fuoa kahlolo e bohloko, re tšoaroa ke lefu la seoa kapa re bolaoa ke tlala, re tla ema ka pel’a ntlo ena le ka pel’a hao (hobane lebitso la hao le ka tlung ena)+ ’me re kope hore u re thuse mathateng a rona. E se eka u ka re utloa ’me oa re pholosa.’+ 10 Banna ba Amone, ba Moabe le ba tsoang lithabeng tsa Seire+ ke bana, bao u sa kang oa lumella Baiseraele hore ba ba hlasele ha ba ne ba tsoa naheng ea Egepeta. Ha baa ka ba ba felisa.+ 11 Joale ke bana ba re putsa ka ho re leleka naheng eo u re fileng eona e le lefa.+ 12 Molimo oa rona, re kopa u ba ahlole.+ Ha re na matla a ho loantša bongata bona bo re hlaselang ebile ha re tsebe hore na re etse’ng+ empa re tšepile uena.”+

13 Ka nako eo, Bajuda bohle ba ne ba eme ka pel’a Jehova le basali ba bona le bana ba bona ho akareletsa le bana ba bona ba banyenyane.

14 Moea oa Jehova oa e-ba holim’a Jahaziele mora oa Zakaria mora oa Benaia mora oa Jeiele mora oa Matania oa Molevi oa bara ba Asafe, ha a ntse a le har’a phutheho. 15 A re: “Mamelang lona Bajuda bohle, baahi ba Jerusalema le Morena Josafate. Jehova o re ho lona: ‘Le se ke la tšosoa kapa la thothometsoa ke bongata bona hobane ntoa ha se ea lona ke ea Molimo.+ 16 Hosane le ba hlasele. Ba tla be ba tla ba tsamaea ka tsela e bitsoang Zize. Le tla ba fumana qetellong ea khohlo ka pel’a lefeella la Jeruele. 17 Ho ke ke ha hlokahala hore le loane. Le eme feela+ ’me le bone ha Jehova a le pholosa.+ Uena Juda le Jerusalema, le se ke la tšoha kapa la thothomela.+ Hosane le ba hlasele ’me Jehova o tla ba le lona.’”+

18 Hang-hang Josafate a khumama ’me Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba khumama ka pel’a Jehova ho rapela Jehova. 19 Balevi bao e neng e le litloholo tsa Bakohathe+ le tsa Bakora ba ema ’me ba rorisa Jehova Molimo oa Iseraele ka mantsoe a phahameng.+

20 Letsatsing le latelang, ba tsoha esale hoseng ba ea lefeelleng la Tekooa.+ Ha ba tsamaea, Josafate a ema a re: “ ’Mameleng lona Bajuda le baahi ba Jerusalema. Tšepang Jehova Molimo oa lona e le hore le ka ema le tiile. Tšepang baprofeta ba hae+ ’me le tla atleha.”

21 Ka mor’a hore a bue le sechaba, a khetha banna hore ba binele+ Jehova lipina tsa thoriso ba apere liaparo tse halalelang ’me ba tsamaea ka pel’a masole ba re: “Lebohang Jehova kaha lerato la hae ha le fele le ka mohla.”+

22 Ha ba qala ho bina lipina tsa thoriso ba thabile, Jehova a hlophisa hore banna ba Amone, ba Moabe le ba tsoang lithabeng tsa Seire ba neng ba tl’o loantša Juda ba hlaseloe ba sa lebella eaba ba loantšana ka bobona.+ 23 Baamone le Bamoabe ba loantša baahi ba lulang lithabeng tsa Seire,+ ba ba felisa. Ha ba se ba qetile ka baahi ba Seire, ba bolaeana ka bobona.+

24 Ha Bajuda ba fihla toreng ea ho lebela ea lefeella+ ’me ba sheba tlase, ba bona litopo tsa batho bao ba bangata.+ Ho ne ho se na ba phonyohileng. 25 Josafate le batho ba hae ba tla ho tla hapa thepa ea bona ’me ba inkela thepa ea bona e ngata, liaparo le lintho tsa bohlokoa ho fihlela ba se ba sa khone ho nka tse ling.+ Ba ile ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba hapa thepa eo hobane e ne e le ngata. 26 Ka letsatsi la bone ba bokana Khohlong ea Beraka ’me ba rorisa Jehova moo. Ke kahoo ba ileng ba reha sebaka seo Khohlo ea Beraka+ ho fihlela kajeno.

27 Banna bohle ba Juda le Jerusalema ba khutlela Jerusalema ba eteletsoe pele ke Josafate, ba thabile hobane Jehova o ne a entse hore ba hlole lira tsa bona.+ 28 Ba kena Jerusalema ka liletsa tse likhoele, liharepa+ le literompeta+ ’me ba ea ntlong ea Jehova.+ 29 Mebuso eohle ea linaha ea tšaba Jehova ha e utloa hore o loanetse Baiseraele ho lira tsa bona.+ 30 Ha Josafate a busa ho ne ho e-na le khotso ’me Molimo oa hae o ile a mo phomotsa ho lira tsohle tsa hae.+

31 Josafate a ’na a busa Juda. O ne a le lilemo li 35 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 25. ’Mè oa hae e ne e le Azuba morali oa Shilhi.+ 32 A ’na a etsa lintho joaloka ntate oa hae Asa+ ’me a thabisa Jehova.+ 33 Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa+ ’me batho ba ne ba e-s’o ikemisetse ho rapela Molimo oa baholo-holo ba bona.+

34 Histori eohle ea Josafate, ho tloha qalong ho fihlela qetellong e ngotsoe mantsoeng a Jehu+ mora oa Hanani,+ a ileng a kenngoa Bukeng ea Marena a Iseraele. 35 Ka mor’a moo, Morena Josafate oa Juda a etsa selekane le Morena Akazia oa Iseraele ea neng a le khopo.+ 36 A etsa tumellano le eena ea hore ba etse likepe tse eang Tarshishe+ ’me ba etsetsa likepe tseo Ezione-gebere.+ 37 Leha ho le joalo, Eliezere mora oa Dodavahu oa Maresha a profeta ka Josafate a re: “Kaha u entse selekane le Akazia, Jehova o tla senya mesebetsi ea hao.”+ Kahoo, likepe tseo tsa robeha+ eaba ha li khone ho ea Tarshishe.

21 Josafate a shoa ’me a pateloa Motseng oa Davida. Mora oa hae Jorame ea e-ba morena.+ 2 Bana babo e leng bara ba Josafate, e ne e le Azaria, Jehiele, Zakaria, Azaria, Mikaele le Shefatia. Bana bohle e ne e le bara ba Morena Josafate oa Iseraele. 3 Ntate oa bona o ne a ba file limpho tse ngata tsa silevera le khauta le lintho tsa bohlokoa hammoho le metse e sirelelitsoeng ka marako e Juda.+ Empa a fa Jorame+ ’muso hobane e ne e le letsibolo.

4 Ha Jorame e se e le morena ’musong oa ntate oa hae, o ile a tiisa borena ba hae ka ho bolaea bana babo+ kaofela le likhosana tse ling tsa Iseraele ka sabole. 5 Jorame e bile morena ha a le lilemo li 32 ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse robeli.+ 6 O ile a etsa lintho tse tšoanang le tseo marena a Iseraele+ a neng a li etsa. A etsa feela joalokaha ba lelapa la Akabe ba ile ba etsa hobane o ne a nyetse morali oa Akabe+ ’me a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova. 7 Empa Jehova o ne a sa batle ho felisa ba leloko la Davida ka lebaka la selekane seo a neng a se entse le eena+ hobane o ne a mo tšepisitse hore bana ba hae ba tla lula ba busa Jerusalema.+

8 Mehleng ea Jorame, Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda+ ’me ba ikhethela morena.+ 9 Jorame le balaoli ba hae ba ea ho bona ka likariki tsohle tsa hae tsa ntoa ho ea ba hlasela. A tsoha bosiu ’me a bolaea Baedomo ba neng ba mo pota-potile le balaoli ba likariki tsa ntoa. 10 Haesale Baedomo ba fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena ’me Libna+ le eona e ile ea fetohela Jorame ka nako eo hobane o ne a tlohetse Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.+ 11 Jorame le eena o ile a etsa libaka tse phahameng+ lithabeng tsa Juda e le ho etsa hore baahi ba Jerusalema ba se ke ba tšepahalla Molimo ka hore ba rapele melimo e meng. Kahoo, a khelosa Bajuda.

12 Qetellong o ile a fumana lengolo le tsoang ho moprofeta Elia+ le reng: “Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida o re, ‘Ha oa ka oa etsisa ntate oa hao Josafate+ kapa Morena Asa+ oa Juda. 13 Empa u etsisitse marena a Iseraele,+ oa etsa hore Bajuda le baahi ba Jerusalema ba se ke ba tšepahalla Molimo ka hore ba rapele melimo e meng+ joalokaha ba lelapa la Akabe+ ba ne ba etsa ebile u bolaile le bana beno,+ ba lelapa la ntate oa hao ba neng ba le molemo ho u feta. 14 Ka lebaka leo, Jehova o tla otla sechaba sa hao, bara ba hao, basali ba hao le lintho tsohle tsa hao. 15 U tla tšoaroa ke maloetse a mangata, ho akarelletsa le boloetse ba mala, ho fihlela mala a hao a tsoela ka ntle ka lebaka la ho kula letsatsi le letsatsi.’”

16 Jehova a etsa hore Bafilista+ le Maarabia+ a neng a le haufi le Baethiopia ba hloee+ Jorame. 17 Kahoo, ba hlasela Juda ’me ba nka lintho tsohle tseo ba ileng ba li fumana ntlong ea morena,+ ba nka le bara ba hae le basali ba hae. O ile a sala feela ka mora oa hae e monyenyane e leng Joakaze.+ 18 Ka mor’a lintho tsena tsohle Jehova a mo otla ka boloetse ba mala bo sa foleng.+ 19 Ka mor’a lilemo tse peli, mala a hae a tsoa ka lebaka la boloetse ba hae ’me a shoa ka mor’a hore a kule haholo ke boloetse bona. Batho ba hae ha baa ka ba mo etsetsa mollo oa ho mo hlompha joalokaha ba ile ba etsetsa baholo-holo ba hae.+ 20 E bile morena ha a le lilemo li 32 ’me o busitse Jerusalema ka lilemo tse robeli. Ha a shoa ha ho na motho ea ileng a utloa bohloko. Ba ile ba mo patela Motseng oa Davida+ empa eseng mabitleng a marena.+

22 Baahi ba Jerusalema ba etsa mora e monyenyane oa Jorame e leng Akazia morena hobane masole a neng a tlile le Maarabia ho tla hlasela litenteng a ile a bolaea bohle ba baholo.+ Kahoo, Akazia mora oa Jorame ea e-ba morena oa Juda.+ 2 Akazia o ne a le lilemo li 22 ha e e-ba morena ’me o busitse Jerusalema selemo se le seng. ’Mè oa hae e ne e le Athalia+ setloholo sa Omri.+

3 Le eena o ile a etsa lintho tse mpe tse tšoanang le tseo lelapa la Akabe+ le neng le li etsa hobane ’mè oa hae e ne e le eena ea mo eletsang hore a etse bokhopo. 4 A ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka ba lelapa la Akabe hobane e ne e le bona ba mo eletsang ka mor’a lefu la ntate oa hae ’me seo se ile sa fella ka hore a bolaoe. 5 O ile a mamela likeletso tsa bona ’me a tsamaea le Jorame mora oa Morena Akabe oa Iseraele ho ea loantša Morena Hazaele+ oa Siria Ramothe-gileade+ e leng moo banna ba betsang metsu ba ileng ba lematsa Jorame. 6 A khutlela Jezriele+ e le hore a e’o oka maqeba ao ba neng ba mo ntšitse ’ona Rama ha a ne a loana le Morena Hazaele oa Siria.+

Akazia mora oa Jorame+ morena oa Juda a ea Jezriele ho ea bona Jorame+ mora oa Akabe hobane ba ne ba mo lemalitse.+ 7 Molimo a etsa hore Akazia a ikise lefung la hae ka ho ea ho Jorame. Ha a fihla, a tsamaea le Jorame ho ea kopana le Jehu+ setloholo sa Nimshi, eo Jehova a neng a mo khethile hore a felise ba lelapa la Akabe.+ 8 Ha Jehu a ne a tlil’o ahlola ba lelapa la Akabe, a fumana likhosana tsa Juda le bara ba bana ba bo Akazia bao e neng e le basebeletsi ba Akazia ’me a ba bolaea.+ 9 O ile a batlana le Akazia, ba mo fumana moo a neng a ipatile teng Samaria eaba ba mo tlisa ho Jehu. Kahoo, ba mo bolaea ’me ba mo pata+ hobane ba ile ba re: “Ke setloholo sa Josafate ea ileng a batla Jehova ka pelo eohle ea hae.”+ Ho ne ho se na le ea mong oa ba lelapa la Akazia eo e neng e ka ba morena.

10 Ha Athalia+ ’mè oa Akazia a hlokomela hore mora oa hae o shoele, a bolaea bana bohle ba boreneng ba leloko la Juda.+ 11 Leha ho le joalo, Joshabeathe morali oa morena a nka Joase+ mora oa Akazia ho bara ba morena ba neng ba tl’o bolaoa, a mo beha ka kamoreng le mohlokomeli oa hae. Joshabeathe morali oa Morena Jorame+ (eo e neng e le mosali oa moprista Jehojada+ ebile e le ngoan’abo Akazia) o ile a mo patela Athalia e le hore a se ke a mo bolaea.+ 12 Joase a lula le bona lilemo tse tšeletseng ba mo patile ntlong ea Molimo oa ’nete, ha Athalia a ntse a busa naheng.

23 Ka selemo sa bosupa Jehojada a ba sebete ’me a etsa tumellano le balaoli ba ba makholo+ e leng Azaria mora oa Jerohame, Ishmaele mora oa Johanane, Azaria mora oa Obede, Maseia mora oa Adaia le Elishafate mora oa Zikri. 2 Ba tsamaea metseng eohle ea Juda, ba bokella Balevi+ ho tsoa ho eona le lihlooho tsa malapa a Iseraele. Ha ba fihla Jerusalema, 3 phutheho eohle ea etsa selekane+ le morena ka tlung ea Molimo oa ’nete eaba Jehojada o re ho bona:

“Mora oa morena o tla busa feela joalokaha Jehova a tšepisitse mabapi le bara ba Davida.+ 4 Le etse tjena: Le arole baprista le Balevi ba sebetsang+ ka letsatsi la Sabatha hore e be lihlopha tse tharo. Sehlopha sa pele e tla ba balebeli ba menyako,+ 5 sa bobeli se tla ba ntlong ea morena+ ’me sa boraro se be Keiting ea Motheo. Batho bohle ba tla ba mabaleng a ntlo ea Jehova.+ 6 Le se ke la lumella motho leha e le ofe ho kena ka tlung ea Jehova ntle le baprista le Balevi ba sebeletsang.+ Ke bona ba ka kenang hobane ke sehlopha se halalelang ’me batho bohle ba tla etsa ho ea kamoo ba itlammeng kateng ho Jehova. 7 Balevi ba sireletse morena ka mahlakoreng ’ohle ’me kaofela ba nke libetsa. Motho ea tla kena ka tlung a bolaoe. Le tsamaee le morena hohle moo a eang teng.”

8 Balevi le Bajuda bohle ba etsa hantle seo moprista Jehojada a neng a ba laetse sona. Molaoli e mong le e mong a ea ho moprista Jehojada le sehlopha sa hae sa banna ba sebetsang ka Sabatha+ le ba sa sebetseng hobane moprista Jehojada o ne a sa lokolla lihlopha+ mosebetsing oa tsona. 9 Moprista Jehojada a fa balaoli ba ba makholo+ marumo, lithebe tse nyenyane le lithebe tse selika-likoe tsa Morena Davida,+ tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete.+ 10 A beha batho bohle moo ba lokelang ho ema teng, e mong le e mong a tšoere sebetsa sa hae, ho tloha lehlakoreng le letona la ntlo ho ea ka ho le letšehali haufi le aletare le ntlo, ba potolohile morena. 11 Ba tlisa mora oa morena,+ ba mo roesa korone ’me ba beha Buka ea Molao+ hloohong ea hae eaba ba mo tlotsa hore e be morena. Kahoo, Jehojada le bara ba hae ba re: “Morena a ke a phele!”+

12 Ha Athalia a utloa batho ba mathang le ba rorisang morena, hang-hang a tla ntlong ea Jehova.+ 13 A bona morena a eme pel’a pilara ea hae e monyako. Likhosana+ le ba letsang literompeta ba ne ba le moo le morena ’me batho bohle ba ne ba thabile+ ba bile ba letsa literompeta. Libini li ne li tšoere liletsa tsa tsona li etelletse ’mino pele. Athalia a tabola liaparo tsa hae ’me a hoeletsa a re: “Borabele! Borabele!” 14 Empa moprista Jehojada a romela balaoli ba ba makholo e leng baokameli ba masole a re ho bona: “Mo tloseng har’a masole. Ha ho ka ba le motho ea mo latelang le mo bolaee ka sabole.” Moprista Jehojada o ne a itse a se ke a bolaeloa ka har’a ntlo ea Jehova. 15 Ba mo tšoara ’me ha ba fihla monyako oa Keiti ea Lipere oa ntlo ea morena, ba mo bolaela moo hang-hang.

16 Jehojada a etsa selekane pakeng tsa hae le batho bohle le morena e leng selekane sa hore e tla lula e le batho ba Jehova.+ 17 Ka mor’a moo, batho bohle ba ea tempeleng ea Baale, ba e liha,+ ba pshatla lialetare le litšoantšo tsa hae+ ’me ba bolaela Matane moprista oa Baale+ ka pel’a lialetare. 18 Jehojada a beha baprista le Balevi hore ba okamele ntlo ea Jehova e leng bao Davida a neng a ba behile ka lihlopha hore ba okamele ntlo ea Jehova le ho nyehela mahlabelo a secheso a Jehova+ ho ea ka se ngotsoeng Molaong oa Moshe+ ’me ba etse seo ba thabile ebile ba bina joalokaha Davida a laetse. 19 Hape a beha balebeli likeiting+ tsa ntlo ea Jehova e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea sa hloekang ka tsela leha e le efe ea ka kenang. 20 A tsamaea le balaoli ba ba makholo,+ bahlomphehi, babusi ba sechaba le sechaba sohle ’me ba felehetsa morena ho tsoa ntlong ea Jehova. Ba kena ka keiti e ka holimo ba ea ntlong ea morena ’me ba mo beha teroneng+ ea ’muso.+ 21 Batho bohle ba thaba ’me motse oa e-ba le khotso kaha ba ne ba bolaile Athalia ka sabole.

24 Joase o ne a le lilemo li supileng ha e e-ba morena+ ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 40. ’Mè oa hae e ne e le Zibia ea tsoang Beersheba.+ 2 Joase o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova ha moprista Jehojada a ntse a phela.+ 3 Jehojada o ile a mo khethela basali ba babeli ’me a ba le bara le barali.

4 Ka mor’a moo, Joase a utloa a lakatsa ho tsosolosa ntlo ea Jehova.+ 5 A bitsa baprista le Balevi a re ho bona: “E-eang metseng ea Juda ’me le bokelle chelete ho Baiseraele bohle bakeng sa ho lokisa ntlo ea Molimo oa lona+ selemo le selemo. Le potlake.” Empa Balevi ha baa ka ba potlaka.+ 6 Morena a bitsa molaoli Jehojada a re ho eena:+ “Ke hobane’ng ha u sa laela Balevi hore ba tlise lekhetho le halalelang ho tsoa Juda le Jerusalema, leo Moshe+ mohlanka oa Jehova a laetseng hore le tlisoe e leng lekhetho le halalelang la phutheho ea Iseraele bakeng sa tente ea Bopaki?+ 7 Bara ba Athalia+ mosali eane ea khopo, ba thuhile ntlo ea Molimo oa ’nete+ ba bile ba sebelisitse lintho tsohle tse halalelang tsa ntlo ea Jehova bakeng sa borapeli ba melimo ea Baale.” 8 Morena a laela hore ho etsoe lebokose+ ’me le behoe ka ntle keiting ea ntlo ea Jehova.+ 9 Ka mor’a moo, ha phatlalatsoa hore baahi bohle ba Juda le Jerusalema ba tlisetse Jehova lekhetho le halalelang+ leo Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete a neng a laetse Baiseraele hore ba le ntše lefeelleng. 10 Likhosana tsohle le batho bohle ba thaba+ ’me ba tšela monehelo ka lebokoseng ho fihlela le tletse.

11 Ha Balevi ba bona hore chelete e ngata ka lebokoseng, ba ne ba le tlisa ho morena. Ka mor’a moo, mongoli oa morena le molaoli oa moprista e moholo ba ne ba ntša chelete eohle ka lebokoseng+ ebe ba le khutlisetsa sebakeng sa lona. Ba ne ba etsa joalo letsatsi le letsatsi ’me ba ile ba bokella chelete e ngata. 12 Morena le Jehojada ba ne ba e fa ba okamelang mosebetsi o etsoang ntlong ea Jehova, ba hira batho ba betlang majoe le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho bakeng sa ho tsosolosa ntlo ea Jehova,+ ba hira le ba sebetsang ka tšepe le koporo hore ba lokise ntlo ea Jehova. 13 Baokameli ba mosebetsi ba ile ba qala mosebetsi oa ho lokisa ’me oa ’na oa tsoela pele. Ba ile ba etsa hore ntlo ea Molimo oa ’nete e be joaloka pele e be e tiee. 14 Hang ha ba qetile ba tlisa chelete e setseng ho morena le ho Jehojada eaba ba e sebelisetsa ho etsa lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova, lisebelisoa tsa tšebeletso, ho etsa linyehelo, likopi le lisebelisoa tsa khauta le tsa silevera.+ Ba ne ba nyehela mahlabelo a secheso+ ntlong ea Jehova kamehla ha Jehojada a ntse a phela.

15 Jehojada o ile a shoa ha a le lilemo li 130, a tsofetse a bile a khotsofetse. 16 Ba mo pata le marena Motseng oa Davida+ ka lebaka la lintho tse ntle tseo a neng a li etselitse batho ba Iseraele,+ Molimo oa ’nete le ntlo ea Molimo.

17 Ka mor’a lefu la Jehojada likhosana tsa Juda tsa tla, tsa inamela morena ’me morena a li mamela. 18 Batho ba tlohela ntlo ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona ’me ba sebeletsa lipalo tse halalelang le litšoantšo tse rapeloang eaba Molimo o halefela baahi ba Juda le Jerusalema ka lebaka la sebe sa bona. 19 Jehova a ’na a romela baprofeta ho bona hore ba khutlele ho eena ’me ba ’na ba ba lemosa empa ha baa ka ba mamela.+

20 Moea oa Molimo oa tla ho Zakaria mora oa moprista Jehojada+ eaba o ema holimo ka pel’a sechaba ’me a re ho sona: “Molimo oa ’nete o re, ‘Ke hobane’ng ha le sa mamele litaelo tsa Jehova? Le ke ke la atleha. Kaha le tlohetse Jehova le eena o tla le tlohela.’”+ 21 Empa ba mo rerela bolotsana+ eaba ba mo tlepetsa ka majoe lebaleng la ntlo ea Jehova ho ea ka taelo ea morena.+ 22 Morena Joase a lebala lintho tse ntle tseo Jehojada ntate oa Zakaria a neng a mo etselitse tsona ’me a bolaea mora oa hae eo ha a shoa a ileng a re: “E se eka Jehova a ka u fa kotlo ka lebaka la sena seo u se entseng.”+

23 Ha selemo se qala, masole a Siria a hlasela Joase ’me a kena Juda le Jerusalema.+ A felisa likhosana tsohle+ tsa sechaba eaba a romela thepa eohle ea tsona e hapuoeng ho morena oa Damaseka. 24 Le hoja masole a Siria a neng a hlasela a ne a fokola ka palo, Jehova a etsa hore a hlole masole a mangata a Juda+ hobane batho ba Juda ba ne ba lahlile Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona. Kahoo, ba phethahatsa kahlolo ea Molimo ho Joase. 25 Ha Basiria ba tloha ho eena (ba mo siile a lemetse haholo), bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana hobane o ne a bolaile bara ba moprista Jehojada.+ Ba mo bolaela betheng ea hae+ eaba ba mo patela Motseng oa Davida+ empa ha baa ka ba mo patela mabitleng a marena.+

26 Ba ileng ba mo rerela bolotsana+ ke bana: Zabade mora oa Shimeathe mosali oa Moamone le Jozabade mora oa Shimerithe mosali oa Momoabe. 27 Litaba tse mabapi le bara ba hae le litemoso tse ngata tseo a ileng a li fuoa+ le litaba tse mabapi le ho lokisa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ kaofela ha tsona li ngotsoe Bukeng ea Marena. Mora oa hae Amazia ea e-ba morena.

25 Amazia o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. ’Mè oa hae e ne e le Joadane oa Jerusalema.+ 2 Amazia o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova empa a sa li etse ka pelo eohle. 3 Ha ’muso oa hae o se o le matla, a bolaea bahlanka ba hae ba bolaileng ntate oa hae.+ 4 Empa ha aa ka a bolaea bara ba bona hobane o ne a latela Molao o ngotsoeng bukeng ea Moshe, moo Jehova a faneng ka taelo e reng: “Bo-ntate ba se ke ba shoella bara ba bona le bara ba se ke ba shoella bo-ntate ba bona. E mong le e mong a shoelle sebe sa hae.”+

5 Amazia a bokella Bajuda ’me a ba emisa ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona, ho ea ka balaoli ba ba likete le ba ba makholo bakeng sa Juda eohle le Benjamine.+ A ngolisa ba lilemo li 20 ho ea holimo+ ’me kaofela ha bona e ne e le banna ba matla ba 300 000 ba koetliselitsoeng ho ea ntoeng. Ba ne ba tseba ho sebelisa lerumo le thebe e kholo. 6 A boela a hira banna ba Iseraele ba matla ba 100 000 ka silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420. 7 Mohlanka oa Molimo oa ’nete a tla ho eena a re: “Morena, u se ke oa tsamaea le masole a Iseraele hobane Jehova ha a eo har’a Baiseraele+ kapa har’a Baefraime bohle. 8 Tsamaea u le mong ’me u loane ka sebete ntoeng. Molimo oa ’nete o na le matla a ho u thusa+ empa a ka boela a etsa hore sera sa hao se u hlole.” 9 Amazia a re ho mohlanka oa Molimo oa ’nete: “Joale ke tla etsa joang ka silevera ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420 eo ke seng ke e file masole a Iseraele?” Mohlanka oa Molimo oa ’nete a re ho eena: “Jehova a ka u fa silevera e ngata ho feta eo.”+ 10 Amazia a leleka masole a neng a tlile ho eena a tsoa Efraime ’me a a khutlisetsa habo ’ona. Masole ao a khutlela habo ’ona a halefetse Bajuda haholo.

11 Amazia a ba sebete eaba o etella pele masole a hae ho ea Khohlong ea Letsoai.+ A bolaea banna ba 10 000 ba Seire.+ 12 Banna ba Juda ba nka batho ba 10 000 ba ntse ba phela. Ba ba nyollela holim’a lefika, ba fihla ba ba lihela fatše eaba batho bao ba aroha likoto. 13 Masole ao Amazia a neng a a lelekile hore a se ke a ea ntoeng le eena+ a hlasela metse ea Juda, ho tloha Samaria+ ho ea fihla Bethe-horone.+ A bolaea batho ba 3 000 ’me a hapa thepa e ngata.

14 Ha Amazia a tsoa bolaea Baedomo, a tla le melimo ea banna ba Seire a e etsa melimo ea hae,+ a e khumamela le ho e etsetsa mahlabelo a kubellang mosi. 15 Jehova a halefela Amazia ’me a romela moprofeta hore a re ho eena: “Ke hobane’ng ha u rapela melimo e hlolehileng ho loanela batho ba eona?”+ 16 Ha moprofeta a ntse a bua, morena a re: “Ho tloha neng u le moeletsi oa ka?+ Thola!+ Ho seng joalo ke tla u bolaea.” Moprofeta a thola empa a re: “Kea tseba hore Molimo o tl’o u bolaea hobane u entse ketso ena, ha oa mamela keletso ea ka.”+

17 Ka mor’a hore morena Amazia oa Juda a buisane le baeletsi ba hae, a romela molaetsa ho Joase mora oa Joakaze setloholo sa Jehu morena oa Iseraele a re: “Tloo re tl’o loana.”+ 18 Morena Joase oa Iseraele a romela molaetsa ho Morena Amazia oa Juda a re: “Litlama-tlama tse meutloa tsa Lebanone li rometse molaetsa ho sefate sa kedare sa Lebanone tsa re, ‘E-re mora oa ka a nyale morali oa hao.’ Empa sebata sa naha ea Lebanone sa feta moo sa hatakela litlama-tlama tseo. 19 Oa ikhohomosa ebile u batla ho rorisoa hobane u bolaile Baedomo.+ U itulele moo ha hao. Ke hobane’ng ha u qala ntoa e tla etsa hore u hloloe hammoho le Juda?”

20 Amazia ha aa ka a mamela+ hobane Molimo oa ’nete o ne a batla hore ho be joalo e le hore ba hloloe ke sera sa bona+ kaha ba ne ba latetse melimo ea Edomo.+ 21 Morena Joase oa Iseraele a ea ho morena Amazia oa Juda ’me ba loantšana ba le Bethe-shemeshe+ ea Juda. 22 Baiseraele ba hlola Bajuda ’me masole a Bajuda a balehela malapeng a ’ona. 23 Morena Joase oa Iseraele a hapa morena Amazia oa Juda setloholo sa Joakaze Bethe-shemeshe. A mo tlisa Jerusalema ’me a liha lebota la Jerusalema ho tloha Keiting ea Efraime+ ho ea Keiting e K’honeng.+ E ne e le sebaka se boholo ba limithara tse ka bang 178. 24 A nka khauta le silevera eohle le lintho tsohle tse neng li le ka tlung ea Molimo oa ’nete ho Obede-Edomo le matlotlong a ntlo ea morena+ hammoho le batšoaruoa. Ka mor’a moo a khutlela Samaria.

25 Amazia+ mora oa Joase morena oa Juda a phela lilemo tse 15 ka mor’a lefu la Joase+ mora oa Joakaze morena oa Iseraele.+ 26 Histori eohle ea Amazia ho tloha qalong ho fihlela qetellong e ngotsoe Bukeng ea Marena a Juda le a Iseraele. 27 Ho tloha ha Amazia a tlohela ho sebeletsa Jehova, ba rera+ ho mo bolaea Jerusalema eaba o balehela Lakishe empa ba romela batho ’me ba mo bolaela teng. 28 Ba mo lata ka lipere ’me ba mo pata le baholo-holo ba hae motseng oa Juda.

26 Batho bohle ba Juda ba etsa Uzia+ morena ka mor’a hore ntate oa hae Amazia a shoe. O ne a le lilemo li 16 ka nako eo.+ 2 A hapa Elothe,+ a e haha bocha ’me a e khutlisetsa ho Bajuda ka mor’a hore morena a shoe.+ 3 Uzia+ o ne a le lilemo li 16 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 52. ’Mè oa hae e ne e le Jekolia oa Jerusalema.+ 4 Uzia o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka ntate oa hae Amazia.+ 5 A ’na a sebeletsa Molimo ha Zakaria ea mo rutileng ho hlompha Molimo oa ’nete a ntse a phela. Ha a ntse a sebeletsa Jehova Molimo oa ’nete, o ile a mo atlehisa.+

6 O ile a loantša Bafilista+ ’me a thuha lerako la Gathe,+ la Jabne+ le la Ashdode.+ Ka mor’a moo, a haha metse Ashdode har’a Bafilista. 7 Molimo oa ’nete a mo thusa ho loantša Bafilista le Maarabia+ a neng a lula Gurebaale le ho loantša Meunime. 8 Baamone+ ba patala Uzia lekhetho. O ile a tuma ho ea fihla le naheng ea Egepeta hobane o ne a le matla haholo. 9 Uzia a boela a haha a ba a tiisa litora+ Jerusalema Keiting e K’honeng,+ Keiting ea Khohlo+ le Setšehetsong. 10 Hape a haha litora+ lefeelleng, a ba a cheka liliba tse ngata hobane o ne a e-na le liphoofolo tse ngata. A etsa se tšoanang Shefela le sebakeng se phahameng. Kaha o ne a rata temo, o ne a e-na le balemi ba masimo le ba lifate tsa morara lithabeng le Karmele.

11 Uzia o ne a e-na le masole a hlometseng bakeng sa ntoa. A ne a ea ntoeng ka lihlopha. Mongoli Jeiele+ le molaoli Maseia ba neng ba ikarabella ho Hanania khosana ea morena, ba ne ba ngolisa ebile ba bala masole ao.+ 12 Lihlooho tsa malapa tse neng li okametse masole ana a matla li ne li le 2 600. 13 Masole a hlometseng a neng a ikarabella ho bona e ne e le banna ba loketseng ntoa ba 307 500. Ana e ne e le masole a matla a loanelang morena ho lira tsa hae.+ 14 Uzia o ne a file masole ’ohle a hae lithebe, marumo,+ lihelmete, liaparo tsa tšepe,+ liqha le majoe a matjeketjane.+ 15 Hape a re banna ba etsang mechini Jerusalema ba mo etsetse mechini ea ntoa. Mechini ena e ne e behiloe litoreng+ le lik’honeng tsa marako ’me e ne e betsa metsu le majoe a maholo. O ile a tuma haholo ’me a ba matla hobane batho ba bangata ba ne ba mo thusa.

16 Ha a se a le matla, a ikhohomosa ’me sena sa etsa hore a kene mathateng. Ha aa ka a tšepahalla Jehova Molimo oa hae eaba o kena ka tempeleng ea Jehova ho ea chesa libano aletareng.+ 17 Hang-hang moprista Azaria le baprista ba bang ba Jehova ba sebete ba 80 ba mo sala morao. 18 Ba re ho Morena Uzia: “Uzia ha oa lokela ho chesetsa Jehova libano.+ Ke baprista feela ba khethetsoeng ho li chesa hobane ke litloholo tsa Arone.+ Tsoa ka mona ka sehalalelong hobane ha oa tšepahalla Jehova Molimo ebile a ke ke a u tlotlisa.”

19 Uzia a halefa haholo a ntse a tšoere pitsa ea ho chesa libano.+ Ha a ntse a halefetse baprista, a otloa ka lepera+ phatleng baprista ba ntse ba mo shebile ka tlung ea Jehova, ka pel’a aletare ea libano. 20 Ha Azaria moprista e moholo le baprista ba bang kaofela ba mo bona, ba hlokomela hore o otliloe ka lepera phatleng. Ba potlaka ho mo ntšetsa ka ntle ’me le eena a tsoa kapele hobane Jehova o ne a mo otlile.

21 Morena Uzia a tšoaroa ke lepera ho fihlela a shoa. O ne a lula ntlong ea hae a le mong e le molepera+ hobane o ne a se a sa lumelloa ho kena ntlong ea Jehova. Mora oa hae Jothame e ne e le eena ea hlokometseng ntlo ea borena a bile a ahlola sechaba.+

22 Histori eohle ea Uzia ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotsoe ke moprofeta Esaia+ mora oa Amoze. 23 Uzia a shoa ’me a pateloa tšimong ea marena hobane ba ile ba re: “Motho enoa ke molepera.” Mora oa hae Jothame+ ea e-ba morena.

27 Jothame+ o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Jerusha morali oa Tsadoke.+ 2 Jothame o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka ntate oa hae Uzia+ empa eena ha aa ka a kena ka tempeleng ea Jehova a sa tšoanela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa lintho tse mpe. 3 O ile a haha keiti e holimo ea ntlo ea Jehova+ ’me a etsa mosebetsi o moholo oa ho haha lebota la Ofele.+ 4 A boela a haha metse+ lithabeng tsa Juda+ le metse e sirelelitsoeng ka marako+ le litora+ merung. 5 A loantša morena oa Baamone+ ’me a mo hlola. Kahoo, selemong seo Baamone ba mo fa lik’hilokramo tse 34 200 tsa silevera, lilithara tse 2 200 000 tsa koro le tse 2 200 000 tsa harese. Baamone ba ile ba mo patala ka lintho tsena le ka selemo sa bobeli le sa boraro.+ 6 Jothame a ba matla hobane o ne a ikemiselitse ho mamela Jehova Molimo oa hae.

7 Histori eohle ea Jothame, lintoa tseo a li loanneng le lintho tseo a li entseng, li ngotsoe Bukeng ea Marena a Iseraele le a Juda.+ 8 O ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16.+ 9 Jothame a shoa ’me a pateloa Motseng oa Davida.+ Mora oa hae Akaze ea e-ba morena.+

28 Akaze+ o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida hobane o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ 2 Empa o ile a etsa lintho tse etsoang ke marena a Iseraele,+ a ba a etsa litšoantšo tsa tšepe+ tsa melimo ea Baale. 3 Hape a etsa sehlabelo se kubellang mosi Khohlong ea Mora oa Hinome, a ba a chesa bara ba hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ka pel’a Baiseraele. 4 O ne a etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi libakeng tse phahameng,+ maralleng le tlas’a lifate tse ntle tse tala.+

5 Jehova Molimo oa hae a etsa hore morena oa Siria a mo hlole+ a be a nke batšoaruoa ba bangata a ba ise Damaseka.+ Morena oa Iseraele le eena o ile a mo hlola a ba a bolaea batho ba hae ba bangata. 6 Peka+ mora oa Remalia o ile a bolaea banna ba Juda ba sebete ba 120 000 ka letsatsi le le leng hobane ba ne ba lahlile Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.+ 7 Zikri monna ea matla oa Moefraime a bolaea Maseia mora oa morena, Azrikame ea neng a okametse phaleisi le Elkana eo e neng e le oa bobeli ka mor’a morena. 8 Hape Baiseraele ba hapa bana ba bo bona ba 200 000, e ne e le basali, bara le barali. Ba hapa le thepa e ngata eaba ba e isa Samaria.+

9 Ho ne ho e-na le moprofeta oa Jehova moo eo lebitso la hae e leng Odede. A ema ka pel’a masole a neng a tla Samaria a re ho ’ona: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona o entse hore le hlole Bajuda hobane a ba halefetse+ empa joale le ba bolaile ka sehloho hoo a ileng a tseba a le leholimong. 10 Na le se le batla ho nka banna le basali ba Juda le Jerusalema le ba etse bahlanka ba lona?+ Le lona le ntse le le molato ka pel’a Jehova Molimo oa lona. 11 ’Mameleng le khutlise batšoaruoa bao le ba nkileng ho bana ba bo lona hobane Jehova o le halefetse.”

12 Ha ba utloa a cho joalo, balaoli ba bang ba Baefraime e leng Azaria mora oa Johanane, Berekia mora oa Meshilemothe, Jehizekia mora oa Shalume le Amasa mora oa Hadlai, ba halefela masole a tsoang ntoeng 13 ba re ho ’ona: “Le se ke la tlisa batšoaruoa bao mona hobane re tla ba molato ka pel’a Jehova. Ntho eo le batlang ho e etsa e tla eketsa libe tsa rona re se ntse re le molato tjena ebile Molimo a halefetse Baiseraele.” 14 Masole a hlometseng a isa batšoaruoa le lintho tse hapiloeng+ ho likhosana le ho phutheho eohle. 15 Banna ba khethiloeng ba thusa batšoaruoa, ba fa ba neng ba hlobotse liaparo tse tsoang linthong tse hapiloeng, ba ba fa lieta, lijo, lintho tse nooang le oli bakeng sa ho itlotsa. Ba palamisa ba fokolang litonki, ba ba isa ho bana ba bo bona Jeriko, motseng oa lifate tsa palema. Ka mor’a moo, ba khutlela Samaria.

16 Morena Akaze a kopa thuso ho marena a Asiria.+ 17 Baedomo ba hlasela motse oa Juda hape eaba ba hapa batšoaruoa. 18 Bafilista+ le bona ba hlasela metse ea Juda e Shefela+ le Negebe, ba hapa Bethe-shemeshe,+ Ajalone,+ Gederothe, Soko le metse e haufi le eona, Timna+ le metse e haufi le eona le Gimzo le metse e haufi le eona eaba ba lula moo. 19 Jehova a otla Bajuda ka lebaka la Morena Akaze oa Iseraele. O ile a ba tlohela hore ba tsoe taolong hoo ba ileng ba fosetsa Jehova haholo.

20 Morena Tilgathe-pilnesere+ oa Asiria a hlasela Akaze eaba o mo tlisetsa mathata+ ho e-na le hore a mo thuse. 21 Morena Akaze o ne a nkile lintho tsohle tse ka tlung ea Jehova, tse ka tlung ea morena+ le ka matlung a likhosana, a li file morena oa Asiria. Empa hoo ha hoa ka ha mo thusa ka letho. 22 Ha Morena Akaze a le mathateng a fosetsa Jehova le ho feta. 23 A etsetsa melimo ea Damaseka+ e neng e mo hlotse mahlabelo+ a re: “Kaha melimo ea marena a Siria ea ba thusa, ke tla e etsetsa mahlabelo e le hore le ’na e ka nthusa.”+ Empa ketso eo e ile ea etsa hore eena le Baiseraele bohle ba kene mathateng. 24 Akaze a boela a bokella lisebelisoa tsa ntlo ea Molimo oa ’nete, a li pshatla,+ a koala mamati a ntlo ea Jehova+ eaba o iketsetsa lialetare lik’honeng tsohle tsa Jerusalema. 25 O ile a etsa libaka tse phahameng metseng eohle ea Juda ho etsetsa melimo e meng mahlabelo a kubellang mosi+ e leng se ileng sa khopisa Jehova Molimo oa baholo-holo ba hae.

26 Histori eohle ea hae e leng lintho tsohle tseo a li entseng ho tloha qalong ho fihlela qetellong, li ngotsoe Bukeng ea Marena a Juda le a Iseraele.+ 27 Akaze a shoa ’me a pateloa motseng oa Jerusalema. Ha baa ka ba mo patela mabitleng a marena a Iseraele.+ Mora oa hae Ezekiase ea e-ba morena.

29 Ezekiase+ o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 29. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Abija morali oa Zakaria.+ 2 Ezekiase o ne a etsa lintho tse thabisang Jehova+ joaloka moholo-holo oa hae Davida.+ 3 Selemong seo a qalileng ho busa ka sona, ka khoeli ea pele, a bula mamati a ntlo ea Jehova eaba oa a lokisa.+ 4 A bitsa baprista le Balevi hore ba tle sebakeng se bulehileng se ka bochabela. 5 A re ho bona: “Balevi, taba ke ena. Itlhoekiseng+ le be le hloekise ntlo ea Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona. Tlosang lintho tse litšila sebakeng se halalelang.+ 6 Baholo-holo ba rona ha baa tšepahalla Jehova Molimo oa rona, ba entse lintho tse sa mo thabiseng.+ Ba hlomphollotse tabernakele ea Jehova ebile ba mo furaletse.+ 7 Ba koetse le mamati a foranta+ ebile ba timme mabone.+ Ha ba sa chesa libano+ le ho nyehela mahlabelo a secheso+ ho Molimo oa Iseraele sebakeng se halalelang. 8 Ka lebaka leo, Jehova a halefela Juda le Jerusalema.+ A etsa hore ha batho ba ba bona ba tšohe, ba makale ba be ba letse mololi. Le lona lea bona.+ 9 Baholo-holo ba rona ba bolauoe ka sabole.+ Bara, barali le basali ba rona ba isitsoe botlamuoeng ka lebaka la sena.+ 10 Ke ikemiselitse ho etsa selekane le Jehova Molimo oa Iseraele+ hore a khaotse ho re halefela. 11 Batho ba heso, ena ha se nako ea hore le iphapanyetse mosebetsi oa lona. Jehova o le khethile hore le eme ka pel’a hae, le mo sebeletse+ le be le etse hore mahlabelo a hae a kubelle.”+

12 Balevi ba qalella ho sebetsa: Ho Bakohathe+ e le Mahathe mora oa Amasai le Joele mora oa Azaria. Ho Bamerari+ e le Kishe mora oa Abdi le Azaria mora oa Jehaleliele. Ho Bagershone+ e le Jooa mora oa Zima le Edene mora oa Jooa. 13 Ho bara ba Elizafane e le Shimri le Jeuele. Ho bara ba Asafe+ e le Zakaria le Matania. 14 Ho bara ba Hemane+ e le Jehiele le Shimei. Ho bara ba Jeduthune+ e le Shemaia le Uziele. 15 Ba bitsa bana ba bo bona, ba itokisa bakeng sa borapeli eaba baa tla joalokaha Jehova a ne a boleletse morena hore a fane ka taelo ea ho hloekisa ntlo ea Jehova.+ 16 Baprista ba kena ka tlung ea Jehova ho ea hloekisa. Ba ntša lintho tsohle tse sa hloekang tseo ba li fumaneng ka tempeleng ea Jehova, ba li isa lebaleng+ la ntlo ea Jehova. Balevi bona ba ne ba li nka ba li ntšetsa ka ntle Khohlong ea Kidrone.+ 17 Ba qalella ho hloekisa ka letsatsi la pele la khoeli ea pele. Ka letsatsi la borobeli la khoeli ba fihla foranteng ea ntlo ea Jehova.+ Ba hloekisa ntlo ea Jehova ka matsatsi a robeli, ba qeta ka letsatsi la bo16 la khoeli ea pele.

18 Ka mor’a moo, ba ea ho Morena Ezekiase ba re: “Re hloekisitse ntlo eohle ea Jehova, aletare ea nyehelo ea secheso+ le lisebelisoa tsohle tsa eona+ le tafole ea bohobe+ le lisebelisoa tsohle tsa eona. 19 Lisebelisoa tsohle tseo Morena Akaze ea neng a sa tšepahalle Molimo a neng a li beheletse ka thoko ha a ne a busa,+ re li lokisitse, ra li hloekisa,+ joale li ka pel’a aletare ea Jehova.”

20 Morena Ezekiase a tsoha hoseng, a bitsa likhosana tsa motse eaba li ea ntlong ea Jehova. 21 Tsa tlisa lipoho tse supileng, liramo tse supileng, likonyana tse tona tse supileng le liphooko tse supileng e le nyehelo ea sebe bakeng sa ’muso, bakeng sa sehalalelo le bakeng sa Juda.+ A bolella baprista, litloholo tsa Arone hore ba li nyehele holim’a aletare ea Jehova. 22 Lipoho+ tsa hlajoa eaba baprista ba nka mali a tsona ba a fafatsa aletareng.+ Ka mor’a moo ba hlaba liramo, ba fafatsa mali a tsona aletareng. Ba hlaba le likonyana tse tona eaba ba fafatsa mali a tsona aletareng. 23 Ba tlisa liphooko tsa nyehelo ea sebe ka pel’a morena le phutheho eaba ba li beha matsoho. 24 Baprista ba li hlaba, ba etsa nyehelo ea sebe ka mali a tsona aletareng hore ba etsetse Baiseraele bohle sehlabelo sa tšoarelo ea libe hobane morena o ne a itse nyehelo ea secheso le nyehelo ea sebe li etsetsoe Baiseraele bohle.

25 Ezekiase a beha Balevi ntlong ea Jehova ba tšoere lisimbala, liletsa tse likhoele le liharepa,+ ho ea ka taelo ea Davida,+ ea Gade+ ea neng a bona lipono bakeng sa morena le ea moprofeta Nathane+ hobane Jehova o ne a file baprofeta ba hae taelo eo. 26 Balevi ba ne ba eme ba tšoere liletsa tsa Davida, baprista bona ba tšoere literompeta.+

27 Ezekiase a laela hore ho nyeheloe sehlabelo sa secheso aletareng.+ Ha ho etsoa nyehelo ea secheso, ba ne ba qala ho binela Jehova ebile ba letsa literompeta. Ka ho etsa joalo, ba ne ba latela tlhophiso ea liletsa ea Morena Davida oa Iseraele. 28 Ha ho binoa pina ho letsoa le literompeta, phutheho eohle ea inama. Ha etsoa joalo ho fihlela nyehelo ea secheso e qetiloe. 29 Ha ba qeta ho etsa nyehelo eo, morena le bohle ba neng ba e-na le eena ba khumama. 30 Morena Ezekiase le likhosana tsa bolella Balevi hore ba rorise Jehova ka ho bina mantsoe a qapiloeng ke Davida+ le Asafe+ ea bonang lipono. Ba bina lithoriso ba thabile eaba baa khumama.

31 Ka mor’a moo, Ezekiase a re: “Ha e le mona le khethetsoe ho sebeletsa Jehova, tlisang mahlabelo le linyehelo tsa teboho ntlong ea Jehova.” Phutheho ea tlisa mahlabelo le linyehelo tsa teboho ’me batho bohle ba neng ba lakatsa ho fana ka nyehelo ea secheso ba etsa joalo.+ 32 Linyehelo tsa secheso tseo phutheho e ileng ea li tlisetsa Jehova e ne e le likhomo tse 70, liramo tse 100 le likonyana tse tona tse 200.+ 33 Hape linyehelo tse halalelang e ne e le likhomo tse 600 le linku tse 3 000. 34 Ho ne ho se na baprista ba lekaneng ho tlosa makoko a liphoofolo tsa secheso. Kahoo, bana ba bo bona ba Balevi ba ba thusa+ ho fihlela ba qetile mosebetsi oo le ho fihlela baprista ba itlhoekisitse+ hobane Balevi ba ne ba cheseha ho feta baprista tabeng ea ho itlhoekisa. 35 Ho ne ho boetse ho e-na le linyehelo tse ngata tsa secheso+ le likarolo tse mafura tsa mahlabelo a kopanetsoeng le linyehelo tsa lino.+ Litšebeletso tse neng li etsoa ntlong ea Jehova tsa qalella hape. 36 Ezekiase le batho bohle ba ne ba thabetse seo Molimo oa ’nete a ba etselitseng sona+ hobane ntho eo e ne e etsahetse kapele.

30 Ezekiase a romela molaetsa ho Baiseraele+ le Bajuda bohle, a ba a ngolla leloko la Efraime le la Manase+ mangolo hore le tle ntlong ea Jehova Jerusalema ho tla tšoarela Jehova Molimo oa Iseraele Paseka.+ 2 Empa morena, likhosana tsa hae le phutheho eohle e Jerusalema ba khetha ho keteka Paseka ka khoeli ea bobeli.+ 3 Ha baa ka ba e keteka ka nako ea teng+ hobane ho ne ho e-na le baprista ba seng bakae feela ba itlhoekisitseng+ le batho ba ne ba e-s’o tle Jerusalema. 4 Morena le phutheho eohle ba ile ba thabela taba ena. 5 Ba bolella baahi bohle ba Iseraele ho tloha Beersheba ho ea fihla Dane+ hore ba tle ba tl’o tšoarela Jehova Molimo oa Iseraele Paseka Jerusalema hobane ba ne ba e-s’o e keteke hammoho ho ea ka se ngotsoeng Molaong.+

6 Batho ba tsamaisang melaetsa ba isa mangolo a tsoang ho morena le likhosana tsa hae naheng eohle ea Iseraele le Juda joalokaha morena a ne a laetse a re: “Baiseraele, khutlelang ho Jehova Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele e le hore a ka khutlela ho ba setseng, ba phonyohileng marena a Asiria.+ 7 Le se ke la etsisa baholo-holo ba lona le bana ba bo lona ba sa kang ba tšepahalla Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona. O ile a etsa hore ha batho ba ba bona ba tšohe joalokaha le lona le bona.+ 8 Le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona.+ Mamelang Jehova, le tle ntlong ea hae+ eo a e halalelitseng ka ho sa feleng, le sebeletse Jehova Molimo oa lona hore a khaotse ho le halefela.+ 9 Ha le ka khutlela ho Jehova, batho ba tšoereng bana ba bo lona le bana ba lona ba tla ba hauhela,+ ba ba lumelle ho khutlela naheng ena+ hobane Jehova Molimo oa lona o na le kutloelo-bohloko ebile o mohau.+ A ke ke a le furalla haeba le khutlela ho eena.”+

10 Batho ba tsamaisang melaetsa ba ea metseng eohle e naheng ea Efraime le Manase,+ ba fihla le naheng ea Zabulone. Empa batho ba ne ba ba tšeha le ho ba soma.+ 11 Leha ho le joalo, batho ba bang ba leloko la Ashere, la Manase le la Zabulone ba ikokobetsa eaba ba tla Jerusalema.+ 12 Molimo oa ’nete le eena a thusa Bajuda hore ba momahane, ba etse seo morena le likhosana ba ba boleletseng sona ho ea ka taelo ea Jehova.

13 Batho ba ne ba tlile Jerusalema ka bongata ho tla keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka khoeli ea bobeli.+ 14 Ba ile ba tlosa lialetare tse Jerusalema,+ ba tlosa le lialetare tsohle tsa libano+ ba li lahlela Khohlong ea Kidrone. 15 Ba hlaba sehlabelo sa Paseka ka letsatsi la bo14 la khoeli ea bobeli. Baprista le Balevi ba hlajoa ke lihlong. Kahoo, ba itlhoekisa eaba ba tlisa linyehelo tsa secheso ntlong ea Jehova. 16 Ba etsa mesebetsi eo ba neng ba tloaetse ho e etsa ho ea ka Molao oa Moshe mohlanka oa Molimo oa ’nete. Baprista ba fafatsa mali+ ao ba neng ba a filoe ke Balevi. 17 Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba sa itlhoekisang. Kahoo, Balevi ke bona ba neng ba hlabela bohle ba neng ba sa hloeka mahlabelo a Paseka+ e le hore ba hloeke ka pel’a Jehova. 18 Batho ba bangata ba ne ba sa itlhoekisa, haholo-holo ba tsoang lelokong la Efraime, la Manase,+ la Isakare le la Zabulone. Ho ntse ho le joalo, ba ile ba ja Paseka, ba tlola Molao. Ezekiase a ba rapella a re: “E se eka Jehova Molimo ea molemo+ a ka tšoarela 19 batho bohle ba ikemiselitseng ho sebeletsa Molimo oa ’nete+ Jehova, Molimo oa baholo-holo ba bona le hoja ba sa hloekisoa ho ea ka melao ea khalalelo.”+ 20 Jehova a mamela Ezekiase ’me a ba tšoarela.

21 Baiseraele ba neng ba le Jerusalema ba keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka matsatsi a supileng ba thabile.+ Balevi le baprista ba ne ba rorisa Jehova letsatsi le letsatsi, ba binela Jehova ba letsetsa liletsa tsa ’mino holimo.+ 22 Ezekiase a bua le Balevi bohle ba sebeletsang Jehova hantle, a ba khothatsa. Ba qeta matsatsi a supileng ba ntse ba ja moketeng,+ ba etsa mahlabelo a kopanetsoeng+ ba bile ba leboha Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.

23 Phutheho eohle ea etsa qeto ea ho keteka Paseka ka matsatsi a mang a supileng eaba e e keteka ka matsatsi a mang a supileng e thabile.+ 24 Morena Ezekiase oa Juda a fa phutheho lipoho tse 1 000 le linku tse 7 000 ’me likhosana tsa fa phutheho lipoho tse 1 000 le linku tse 10 000.+ Baprista ba bangata ba itlhoekisa.+ 25 Batho bohle ba Juda, baprista, Balevi, batho bohle ba tsoang Iseraele+ le balichaba+ ba tsoang naheng ea Iseraele le ba lulang Juda ba ’na ba thaba. 26 Batho ba ne ba thabile haholo Jerusalema hobane ho tloha mehleng ea Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele, ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le ntho e tjena Jerusalema.+ 27 Qetellong baprista ba Balevi ba hlohonolofatsa sechaba.+ Molimo a utloa thapelo ea bona a le leholimong, sebakeng sa hae se halalelang.

31 Ka mor’a hore ba qete lintho tsena tsohle, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ea metseng ea Juda, ba fihla ba thuha lipilara tse halalelang,+ ba rema lipalo tse halalelang+ ’me ba senya libaka tse phahameng+ le lialetare+ naheng eohle ea Juda le ea Benjamine le ea Efraime le Manase+ ho fihlela ba li sentse kaofela. Ka mor’a moo, Baiseraele bohle ba khutlela metseng ea bona, e mong le e mong a ea ha hae.

2 Ezekiase a beha baprista le Balevi ka lihlopha tsa bona+ hore ba khone ho etsa mosebetsi oa bona.+ Ba ne ba nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, ba sebeletsa ba bile ba leboha le ho rorisa Molimo ba le ka har’a lebala la Jehova le nang le likeiti.+ 3 Morena a fana ka lintho tse ling tsa hae bakeng sa linyehelo tsa secheso+ ho akarelletsa le tsa hoseng le tsa mantsiboea+ hammoho le linyehelo tsa secheso tsa Sabatha,+ tsa ha khoeli e qala+ le tsa mekete,+ ho ea ka se ngotsoeng Molaong oa Jehova.

4 Hape a laela baahi ba Jerusalema hore ba fane ka karolo e lokelang ho fuoa baprista le Balevi+ e le hore ba latele molao oa Jehova ka botlalo. 5 Ha Baiseraele ba utloa taelo eo, ba fana ka lihlahisoa tsa pele tse ngata e leng koro, veine e ncha, oli,+ mahe a linotši le lihlahisoa tsohle tsa masimong.+ Ba tlisa karolo ea leshome ea lintho tsohle ka bongata.+ 6 Batho ba Iseraele le ba Juda ba lulang metseng ea Juda le bona ba tlisa karolo ea leshome ea likhomo le linku le karolo ea leshome ea lintho tse halalelang+ tse neng li khethetsoe Jehova Molimo oa bona. Ba li tlisa ’me ba li beha e le liqubu tse ngata. 7 Ba bokella menehelo ka khoeli ea boraro+ ho fihlela e etsa liqubu ’me ba qeta ka khoeli ea bosupa.+ 8 Ha Ezekiase le likhosana ba bona liqubu tseo, ba rorisa Jehova le ho hlohonolofatsa sechaba sa hae sa Iseraele.

9 Ezekiase a botsa baprista le Balevi ka liqubu tseo. 10 Azaria moprista e moholo oa lelapa la Tsadoke a re ho eena: “Ho tloha ha batho ba ne ba tlisa menehelo ka tlung ea Jehova,+ ba ntse ba ja ho fihlela ba khotše ’me ho ntse ho setse lintho tse ngata hobane Jehova o hlohonolofalitse sechaba sa hae.”+

11 Ka lebaka leo, Ezekiase a laela hore ba lokise likamore tsa ho boloka thepa+ ntlong ea Jehova eaba baa li lokisa. 12 Ba ’na ba tlisa menehelo ka botšepehi e leng likarolo tsa leshome+ le lintho tse halalelang. Konania oa Molevi o ne a behiloe hore a hlokomele lintho tsena tsohle, Shimei ngoan’abo e le oa bobeli. 13 Jehiele, Azazia, Nahathe, Asahele, Jerimothe, Jozabade, Eliele, Ismakia, Mahathe le Benaia e ne e le balaoli ba neng ba thusa Konania le Shimei ngoan’abo ho ea ka taelo ea Morena Ezekiase. Azaria e ne e le mookameli oa ntlo ea Molimo oa ’nete. 14 Kore mora oa Imna, Molevi eo e neng e le molebeli oa keiti e ka bochabela,+ o ne a ikarabella ka linyehelo tsa boithaopo+ tsa Molimo oa ’nete, a fana ka monehelo o etsetsoang Jehova+ le ka lintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ 15 Metseng ea baprista,+ banna ba tšepahalang ba neng ba ikarabella ho eena e ne e le Edene, Miniamine, Jeshua, Shemaia, Amaria le Shekania. Ba ne ba arolela bana ba bo bona lintho ka ho lekana lihlopheng tsa bona,+ ba baholo le ba banyenyane. 16 Hape ba arolela ba batona lintho tsena ho tloha ka ba lilemo li tharo ho ea holimo, ba neng ba ngolisitsoe ho ea ka meloko ea bona e leng banna ba neng ba tla ntlong ea Jehova letsatsi le letsatsi ho tla sebeletsa teng ka lihlopha tsa bona.

17 Baprista ba ne ba ngolisitsoe ka meloko ea bona ho ea ka malapa a bo-ntate ba bona+ le Balevi ba lilemo li 20 ho ea holimo. Ba ne ba ngolisitsoe joalo+ ho ea ka mesebetsi ea bona lihlopheng tsa bona.+ 18 Ho ne ho ngolisitsoe le bana ba bona, basali ba bona le bohle ba malapa a bona hobane Balevi ba ne ba itlhoekisitse ka lebaka la mosebetsi o halalelang oo ba neng ba o etsa ka botšepehi. 19 Ho ne ho ngolisitsoe le litloholo tsa Arone e leng baprista ba neng ba lula libakeng tse haufi le metse ea bona.+ Metseng eo eohle ho ne ho e-na le banna ba khethiloeng ba neng ba abela baprista bohle ba batona lintho, ba li abela le bohle ba ngolisitsoeng ka meloko ea Balevi.

20 Ezekiase o ile a etsa sena naheng eohle ea Juda. O ne a etsa lintho tse ntle le tse lokileng a bile a tšepahalla Jehova Molimo oa hae. 21 Lintho tsohle tseo a neng a li etsa ha a sebeletsa Molimo oa hae, ebang li amana le mesebetsi e etsoang ntlong ea Molimo oa ’nete+ kapa li amana le Molao le litaelo, o ne a li etsa ka pelo eohle ’me o ile a atleha.

32 Ka mor’a lintho tsena tseo Ezekiase a ileng a li etsa ka botšepehi,+ Morena Sankeribe oa Asiria a hlasela Juda. A lika-liketsa metse e sirelelitsoeng ka marako hobane o ne a batla ho thuha marako a eona le ho e hapa.+

2 Ha Ezekiase a bona hore Sankeribe o tlile ho tla loantša Jerusalema, 3 a etsa qeto ea ho thiba metsi a liliba tse ka ntle ho motse+ ka mor’a hore a buisane le likhosana tsa hae le banna ba hae ba matla ’me ba ile ba mo tšehetsa. 4 Batho ba bangata ba bokana, ba thiba metsi a liliba tsohle le a nokana e neng e phalla har’a naha ba re: “Ha re batle hore marena a Asiria a tle a fumane metsi a mangata.”

5 Ezekiase a boela a sebetsa ka thata ho tsosolosa lerako lohle le neng le oele, a haha le litora holim’a lona eaba o haha lerako le leng ka ntle. Hape a lokisa Qubu+ ea Motse oa Davida a ba a etsa libetsa tse ngata le lithebe. 6 A beha balaoli ba sesole hore ba okamele sechaba, a ba bitsetsa sebakeng se bulehileng keiting ea motse eaba oa ba khothatsa o re: 7 “Le be sebete ’me le be matla. Le se ke la tšosoa kapa la thothometsoa ke morena oa Asiria+ le bongata bo nang le eena hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le eena.+ 8 O tšepile matla a batho empa rona re na le Jehova Molimo oa rona ea tla re thusa le ho re loanela.”+ Batho ba e-ba sebete ha ba utloa mantsoe a Morena Ezekiase oa Juda.+

9 Ka mor’a moo, ha Morena Sankeribe oa Asiria a ntse a le Lakishe+ le banna bohle ba hae ba matla, a romela bahlanka ba hae Jerusalema ho Morena Ezekiase oa Juda le ho Bajuda bohle ba Jerusalema+ a re:

10 “Morena Sankeribe oa Asiria o re, ‘Le tšepile’ng ha e le moo le ntse le lutse Jerusalema le hoja re e lika-likelitse?+ 11 Ezekiase oa le thetsa ebile o etsa hore le tle le bolaoe ke tlala le lenyora ha a re ho lona: “Jehova Molimo oa rona o tla re pholosa ho morena oa Asiria.”+ 12 Na Ezekiase ha se eena ea ileng a tlosa libaka tse phahameng tsa Molimo+ oa lona le lialetare tsa Hae+ ’me a re ho baahi ba Juda le Jerusalema: “Inamelang aletare e le ’ngoe ’me le etsetse mahlabelo a kubellang mosi ho eona”?+ 13 Na ha le tsebe hore na ’na le baholo-holo ba ka re entse’ng ho lichaba tsohle tsa linaha tse ling?+ Na melimo ea lichaba tseo e ile ea khona ho pholosa linaha tsa tsona ho ’na?+ 14 Ke molimo ofe har’a melimo eohle ea lichaba tsee tseo baholo-holo ba ka ba ileng ba li felisa, ea ileng a khona ho pholosa batho ba hae ho ’na? Joale na le nahana hore Molimo oa lona a ka le pholosa ho ’na?+ 15 Le se ke la lumella hore Ezekiase a le thetse a be a le khelose tjena.+ Le se ke la mo tšepa hobane ha ho na molimo oa sechaba kapa oa ’muso leha e le ofe ea ileng a khona ho pholosa batho ba hae ho ’na le ho baholo-holo ba ka. Molimo oa lona le eena a ke ke a khona ho le pholosa ho ’na.’”+

16 Bahlanka ba Sankeribe ba ’na ba bua hampe ka Jehova Molimo oa ’nete le ka mohlanka oa hae Ezekiase. 17 A boela a ngola mangolo+ a rohakang Jehova Molimo oa Iseraele+ le ho bua hampe ka eena a re: “Joalokaha melimo ea lichaba tsa linaha tse ling e sa ka ea khona ho pholosa batho ba eona ho ’na+ le Molimo oa Ezekiase a ke ke a pholosa batho ba hae ho ’na.” 18 Ba ’na ba hoeletsa batho ba Jerusalema ba neng ba le holim’a lerako ka puo ea Bajuda, ho ba tšosa e le hore ba ka hapa motse.+ 19 Ba bua hampe ka Molimo oa Jerusalema ka tsela eo ba neng ba bua hampe ka melimo ea lichaba tse ling, e neng e entsoe ke batho. 20 Empa Morena Ezekiase le moprofeta Esaia+ mora oa Amoze, ba ’na ba rapela le ho llela ho Molimo ea leholimong ho kopa thuso.+

21 Jehova a romela lengeloi ’me la bolaea banna bohle ba matla,+ baeta-pele le baokameli ba litente tsa morena oa Asiria. Kahoo, morena oa Asiria a khutlela naheng ea hae a soabile. Hamorao a ea ntlong ea molimo oa hae moo bara ba hae ba bang ba ileng ba mo bolaela teng ka sabole.+ 22 Jehova a pholosa Ezekiase le baahi ba Jerusalema ho Morena Sankeribe oa Asiria le ho batho ba bang bohle, a ba phomotsa ho lira tsohle tsa bona. 23 Batho ba bangata ba tlisetsa Jehova limpho Jerusalema. Hape ba tlisetsa Morena Ezekiase oa Juda lintho tse ntle.+ Lichaba tsohle tsa mo hlompha haholo ka mor’a moo.

24 Mehleng eo Ezekiase a kulela lefu eaba o rapela Jehova.+ O ile a araba Ezekiase ’me a mo fa pontšo.+ 25 Empa Ezekiase ha aa ka a ananela lintho tse ntle tseo a li etselitsoeng. O ile a ikhohomosa hoo Molimo a ileng a halefela eena le baahi ba Juda le Jerusalema. 26 Leha ho le joalo, Ezekiase a ikokobetsa ’me a tlohela ho ikhohomosa,+ le baahi ba Jerusalema ba ikokobetsa. Ka lebaka leo, Jehova a se ke a ba halefela mehleng ea Ezekiase.+

27 Ezekiase a ba le maruo a mangata le khanya.+ A iketsetsa litoro+ bakeng sa silevera, khauta, majoe a bohlokoa, oli ea balsame, lithebe le lintho tsohle tsa bohlokoa. 28 A etsa le litoro bakeng sa koro, veine e ncha le oli. A boela a etsa litala bakeng sa liphoofolo tsa mefuta eohle le bakeng sa linku le lipoli. 29 Hape a ba le metse e meng le liphoofolo tse ngata, likhomo, linku le lipoli hobane Molimo o ne a mo file lintho tse ngata. 30 Ezekiase ke eena ea ileng a thiba mohloli o ka holimo oa metsi+ a Gihone,+ a a theolela tlase ka bophirimela Motseng oa Davida.+ Ezekiase o ne a atleha mesebetsing eohle ea hae. 31 Leha ho le joalo, ha babuelli ba likhosana tsa Babilona ba romeloa ho eena ho tla mo botsa ka pontšo+ e ileng ea e-ba teng naheng ea hae,+ Molimo oa ’nete o ile a mo tlohela hore a mo leke+ e le hore a bone sohle se ka pelong ea hae.+

32 Histori eohle ea Ezekiase le lintho tseo a li entseng hobane a le lerato,+ li ngotsoe tlalehong ea lipono tsa moprofeta Esaia,+ mora oa Amoze, Bukeng ea Marena a Juda le a Iseraele.+ 33 Ezekiase a shoa eaba ba mo patela moepeng o eang mabitleng a bara ba Davida.+ Bajuda bohle le baahi ba Jerusalema ba mo hlompha lefung la hae. Mora oa hae Manase ea e-ba morena.

33 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+

2 O ile a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova ka hore a etse lintho tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li lelekile ha Baiseraele ba hapa naha.+ 3 A haha bocha libaka tse phahameng tseo ntate oa hae Ezekiase a neng a li sentse,+ a etsetsa Baale lialetare hape a etsa le lipalo tse halalelang. A inamela makhotla ’ohle a leholimo le ho a sebeletsa.+ 4 Manase a boela a haha lialetare ka tlung ea Jehova,+ eo Jehova a ileng a re ka eona: “Lebitso la ka le tla ba Jerusalema ka ho sa feleng.”+ 5 A hahela makhotla ’ohle a leholimo lialetare ka har’a mabala a mabeli a ntlo ea Jehova.+ 6 A chesa bara ba hae+ Khohlong ea Mora oa Hinome,+ a sebelisa boselamose,+ bonohe, boloi ’me a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.+ O ile a etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa ’me a utloisa Jehova bohloko.

7 O ile a beha setšoantšo se betliloeng seo a neng a se entse ka tlung ea Molimo oa ’nete+ eo ka eona Molimo a ileng a re ho Davida le ho mora oa hae Solomone: “Ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena le Jerusalema eo ke e khethileng malokong ’ohle a Iseraele.+ 8 Haeba Baiseraele ba mamela Molao oohle, litaelo tsohle tsa ka le ho etsa lintho tsohle tseo ke itseng ba li etse ke sebelisa Moshe, nke ke ka ba tlosa hape naheng eo ke e fileng baholo-holo ba bona.” 9 Manase o ne a khelosa Bajuda le baahi ba Jerusalema, a etsa hore ba etse lintho tse mpe ho feta tse neng li etsoa ke lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse ha Baiseraele ba hapa naha.+

10 Jehova a ’na a bua le Manase le batho ba hae empa ha baa ka ba mo mamela.+ 11 Jehova a etsa hore ba hlaseloe ke balaoli ba masole a morena oa Asiria. Ba tšoara Manase eaba ba mo haka ka lihakisi, ba mo tlama ka liketane tse peli tsa koporo, ba mo isa Babilona. 12 Ha a le tsietsing, a kopa Jehova Molimo oa hae hore a mo hauhele ’me a ikokobetsa haholo ka pel’a Molimo oa baholo-holo ba hae. 13 A ’na a mo rapela ’me Molimo a hauloa ke kopo ea hae eaba oa mo mamela. A mo khutlisetsa Jerusalema hore e be morena hape.+ Manase a tseba hore Jehova ke Molimo oa ’nete.+

14 Ka mor’a moo, a haha lerako le ka ntle bakeng sa Motse oa Davida+ ka bophirimela ho Gihone+ khohlong ho fihla Keiting ea Litlhapi.+ A etsa hore le potolohe Ofele+ le be le phahame haholo. Hape a beha balaoli ba masole metseng eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka marako. 15 A tlosa melimo ea lichaba le litšoantšo tse rapeloang ntlong ea Jehova.+ A tlosa le lialetare tsohle tseo a li hahileng thabeng ea ntlo ea Jehova+ le Jerusalema, a re li lahleloe ka ntle ho motse. 16 Hape a lokisa aletare ea Jehova+ ’me a nyehela mahlabelo a kopanetsoeng+ ho eona le mahlabelo a liteboho.+ A bolella Bajuda hore ba sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele. 17 Leha ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba etsa mahlabelo libakeng tse phahameng le hoja ba ne ba a etsetsa Jehova Molimo oa bona feela.

18 Histori eohle ea Manase, thapelo eo a ileng a e etsa ho Molimo oa hae le mantsoe a baprofeta ba ileng ba bua le eena ka lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele, li ngotsoe historing ea marena a Iseraele. 19 Hape thapelo ea hae+ le kamoo Molimo a ileng a araba kopo ea hae kateng, libe tsohle tsa hae le liketso tsa hae tsa ho se tšepahale,+ moo a neng a hahile libaka tse phahameng teng le moo a neng a hlomme lipalo tse halalelang+ le litšoantšo tse rapeloang pele a ikokobetsa, li ngotsoe mantsoeng a batho ba hae ba bonang lipono. 20 Manase a shoa ’me a pateloa ntlong ea hae. Mora oa hae Amone ea e-ba morena.+

21 Amone+ o ne a le lilemo li 22 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse peli.+ 22 O ile a ’na a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova joaloka ntate oa hae Manase.+ Amone a etsetsa litšoantšo tsohle tse rapeloang mahlabelo tseo ntate oa hae Manase a neng a li entse+ ’me a li sebeletsa. 23 Empa ha aa ka a ikokobeletsa Jehova+ joalokaha ntate oa hae Manase a ile a ikokobetsa.+ Ho e-na le hoo, a etsa lintho tse mpe haholo. 24 Bahlanka ba hae ba mo rerela bolotsana+ ’me ba mo bolaela ka tlung ea hae. 25 Empa baahi ba naha ba bolaea batho bohle ba ileng ba rerela Morena Amone bolotsana.+ Ba etsa mora oa hae Josiase+ morena.

34 Josiase+ o ne a le lilemo li robeli ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 31.+ 2 O ile a etsa lintho tse thabisang Jehova joaloka moholo-holo oa hae Davida. Ha aa ka a khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.

3 Ha a e-na le lilemo tse robeli a busa, e sa le moshanyana, a qala ho sebeletsa Molimo oa moholo-holo oa hae Davida.+ Ha a e-na le lilemo tse 12 a busa, a hloekisa Juda le Jerusalema+ ka hore a tlose libaka tse phahameng+ le lipalo tse halalelang, litšoantšo tse rapeloang+ le litšoantšo tsa tšepe. 4 Hape ba heletsa lialetare tsa melimo ea Baale a ntse a shebile ’me a liha liluloana tsa libano tse neng li le holim’a tsona. A boela a thuha lipalo tse halalelang, litšoantšo tse rapeloang le litšoantšo tsa tšepe, a li etsa hore ebe phofo eaba o e fafatsa holim’a mabitla a ba neng ba li etsetsa mahlabelo.+ 5 A chesetsa masapo a baprista lialetareng tsa bona.+ Kahoo, a hloekisa Juda le Jerusalema.

6 Metseng ea Manase, Efraime,+ Simeone le ho ea fihla Nefthali le libakeng tsohle tse sentsoeng, 7 a heletsa lialetare, a thuha lipalo tse halalelang le litšoantšo tse rapeloang+ ho fihlela e e-ba phofo. A liha liluloana tsohle tsa libano naheng eohle ea Iseraele.+ Ka mor’a moo, a khutlela Jerusalema.

8 Ha a e-na le lilemo tse 18 a busa, a se a hloekisitse naha le tempele, a roma Shafane+ mora oa Azalia, Maseia molaoli oa motse le Jooa mora oa motlalehi Joakaze ho ea lokisa ntlo ea Jehova Molimo oa hae.+ 9 Ba tla ho Hilkia moprista ea phahameng ’me ba mo fa chelete e neng e tlisitsoe ntlong ea Molimo, eo Balevi ba sebeletsang e le balebeli ba menyako ba neng ba e bokelletse ho tsoa ho Manase, Efraime le Baiseraele bohle+ le ho tsoa ho Juda, Benjamine le baahi ba Jerusalema. 10 Ba e fa ba hlokomelang mosebetsi o etsoang ntlong ea Jehova, ba sebetsang ntlong ea Jehova ba e sebelisetsa ho e lokisa. 11 Ba e fa litsebi tsa mesebetsi ea matsoho le lihahi hore li reke majoe a betliloeng le mapolanka bakeng sa lintho tse kopanyang le ho haha ka libalaka matlo ao marena a Juda a neng a a tlohetse hore a senyehe.+

12 Banna bao ba ne ba sebetsa ka botšepehi.+ Balevi ba neng ba khethiloe hore e be balebeli ba bona e ne e le Jahathe le Obadia, ba tsoang ho Bamerari,+ le Zakaria le Meshulame, ba tsoang ho Bakohathe.+ Balevi bohle ba neng ba tseba ho bapala liletsa,+ 13 ba ne ba okametse batho ba jarang meroalo, hape e le balebeli ba bohle ba etsang mosebetsi oa mofuta leha e le ofe. Balevi ba bang e ne e le bangoli, balaoli le balebeli ba likeiti.+

14 Ha ba ntse ba ntša chelete e tlisitsoeng ntlong ea Jehova,+ moprista Hilkia a fumana buka ea Molao oa Jehova+ oo a neng a fane ka oona a sebelisa Moshe.+ 15 Hilkia a re ho mongoli Shafane: “Ke fumane buka ea Molao ka tlung ea Jehova.” Kahoo, Hilkia a fa Shafane buka eo. 16 Shafane a tlisa buka eo ho morena ’me a re ho eena: “Bahlanka ba hao ba ntse ba etsa mosebetsi oohle oo ba o fuoeng. 17 Ba ntšitse chelete e fumanoeng ka tlung ea Jehova ’me ba e file banna ba khethiloeng le basebetsi.” 18 Mongoli Shafane a boela a re ho morena: “Ho na le buka eo moprista Hilkia a mphileng eona”+ eaba Shafane o e balla morena.+

19 Ha morena a utloa mantsoe a Molao, a tabola liaparo tsa hae.+ 20 Morena a re ho Hilkia, Akikame+ mora oa Shafane, Abdone mora oa Mikea, mongoli Shafane le Asaia mohlanka oa morena: 21 “Tsamaeang le e’o mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho ba setseng Iseraele le Bajuda mabapi le mantsoe a buka ena e fumanoeng. Jehova o tla re halefela haholo hobane baholo-holo ba rona ha baa mamela mantsoe a Jehova ’me ha baa etsa lintho tsohle tse ngotsoeng bukeng ena.”+

22 Hilkia le ba neng ba ronngoe ke morena ba ea ho moprofeta Hulda.+ E ne e le mosali oa Shalume mora oa Tikva e leng mora oa Harhase ea neng a ikarabella ka liaparo. O ne a lula Karolong ea Bobeli ea Jerusalema ’me ba ile ba bua le eena moo.+ 23 A re ho bona: “Jehova Molimo oa Iseraele o itse ke bolelle monna ea le rommeng ho ’na hore 24 Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona,+ ke tlise le bomalimabe bohle bo ngotsoeng bukeng+ eo ba e balletseng morena oa Juda 25 hobane ba ntahlile+ ’me ba etsetsa melimo e meng mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutloisa bohloko ka lintho tseo ba li etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena ’me ha ho na motho ea tla nthiba.’”+ 26 Empa le bolelle morena oa Juda ea itseng le tl’o botsa Jehova le re, “Jehova Molimo oa Iseraele o re: ‘Ho latela mantsoe ao u a utloileng,+ 27 u ile oa mamela ’me oa ikokobelletsa Molimo ha u utloa seo a se buileng ka sebaka sena le baahi ba sona. U ile oa ikokobelletsa ’na, oa tabola liaparo tsa hao, oa lla oa kopa thuso ho ’na ’me ke u utloile,+ ke Jehova ea chong. 28 Ka lebaka leo u tla shoa ’me u patoe ka khotso. U ke ke oa bona tlokotsi eo ke tla e tlisa sebakeng sena le ho baahi ba sona.’”’”+

Ke eona karabo eo ba ileng ba e isa ho morena. 29 Morena a romela molaetsa oa hore ho bitsoe baholo bohle ba Juda le ba Jerusalema.+ 30 Ka mor’a moo, morena a ea ntlong ea Jehova le batho bohle ho tloha ho ngoana ho ea fihla ho motho e moholo, banna bohle ba Juda, baahi ba Jerusalema, baprista le Balevi. A ba balla mantsoe ’ohle a ka bukeng ea selekane e fumanoeng ka tlung ea Jehova.+ 31 Morena a ema sebakeng sa hae ’me a etsa selekane+ ka pel’a Jehova sa hore o tla mamela Jehova, litaelo tsa hae, melao ea hae le likhopotso tsa hae ka pelo eohle le moea+ oohle oa hae ka hore a phethe mantsoe a ngotsoeng bukeng ea selekane.+ 32 Hape a etsa hore batho bohle ba Jerusalema le Benjamine ba lumellane le selekane seo. Baahi ba Jerusalema ba etsa lintho ho ea ka selekane sa Molimo oa baholo-holo ba bona.+ 33 Josiase a tlosa lintho tsohle tse nyonyehang linaheng tsohle tsa Baiseraele+ ’me a etsa hore batho bohle ba Iseraele ba sebeletse Jehova Molimo oa bona. Ha a ntse a phela, ha baa ka ba tlohela ho sebeletsa Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona.

35 Josiase a etsetsa Jehova Paseka+ Jerusalema ’me ha hlajoa liphoofolo tsa Paseka+ ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele.+ 2 A abela baprista mesebetsi, a ba khothalletsa ho etsa tšebeletso ea bona ea ntlo ea Jehova.+ 3 A re ho Balevi ba neng ba ruta Baiseraele bohle+ ba bile ba halalela ho Jehova: “Kenyang Areka e halalelang ka tlung e hahiloeng ke Solomone mora oa Davida morena oa Iseraele.+ Ha ho sa hlokahala hore le e jare mahetleng.+ Sebeletsang Jehova Molimo oa lona le sechaba sa hae sa Iseraele. 4 Le itokise ka malapa a bo-ntate ba lona ho ea ka lihlopha tsa lona, ho latela se ngotsoeng ke Morena Davida+ oa Iseraele le mora oa hae Solomone.+ 5 Le eme sebakeng se halalelang ho ea ka lihlopha tsa lona e le hore lelapa le leng le le leng le be le sehlopha sa lelapa la Balevi se tla ba sebeletsa. 6 Le hlabe liphoofolo tsa sehlabelo sa Paseka,+ le itlhoekise ’me le lokisetse hore bana ba bo lona ba phethe litaelo tseo Jehova a li fileng Moshe.”

7 Josiase a fana ka liphoofolo tsa mahlabelo a Paseka bakeng sa batho bohle ba neng ba le teng. E ne e le likonyana tse tona le lipotsanyane tse tona, kaofela li le 30 000 le likhomo tse 3 000. Lintho tsena li ne li tsoa ho morena.+ 8 Likhosana tsa hae le tsona tsa ntšetsa sechaba, baprista le Balevi monehelo e le nyehelo ea boithaopo. Hilkia,+ Zakaria le Jehiele, baeta-pele ba ntlo ea Molimo oa ’nete, ba fa baprista mahlabelo a Paseka a liphoofolo tse 2 600 le likhomo tse 300. 9 Konania le bana babo e leng Shemaia, Nethaniele, Hashabia, Jeiele le Jozabade balaoli ba Balevi, ba fa Balevi liphoofolo tse 5 000 bakeng sa mahlabelo a Paseka le likhomo tse 500.

10 Lintho tsohle tsa tšebeletso li ne li lokisitsoe, baprista ba eme libakeng tsa bona le Balevi ba eme ka lihlopha tsa bona+ ho ea ka taelo ea morena. 11 Ba hlaba liphoofolo tsa mahlabelo a Paseka+ ’me baprista ba fafatsa mali a tsona ao ba a filoeng ke Balevi,+ ha Balevi ba ntse ba buoa liphoofolo.+ 12 Ka mor’a moo, ba lokisa linyehelo tsa secheso hore ba li fe batho ba bang kaofela ba neng ba le lihlopheng tsa malapa a bo-ntate ba bona e le hore li hlahisoe ho Jehova joalokaha ho ngotsoe bukeng ea Moshe. Ba etsa se tšoanang le ka likhomo. 13 Ba pheha nyehelo ea Paseka mollong ho ea ka tloaelo.+ Linyehelo tse halalelang ba li phehela ka har’a lipitsa le ka lipitseng tse kholo le ka lipaneng. Ka mor’a moo, ba li tlisa ho batho ba bang bohle ka potlako. 14 Ba itokisetsa lijo ’me ba li lokisetsa le baprista hobane baprista litloholo tsa Arone, ba ne ba nyehela mahlabelo a secheso le likarolo tse mafura ho fihlela bosiu. Kahoo, Balevi ba itokisetsa lijo, ba li lokisetsa le baprista, litloholo tsa Arone.

15 Libini e leng bara ba Asafe,+ li ne li le mosebetsing oa tsona ho ea ka taelo ea Davida,+ Asafe,+ Hemane le Jeduthune+ ea neng a bona lipono bakeng sa morena. Balebeli ba likeiti ba ne ba le likeiting tse fapaneng.+ Ho ne ho sa hlokahale hore ba tlohele mosebetsi oa bona hobane bana ba bo bona ba Balevi ba ne ba ba lokiselitse lijo. 16 Mosebetsi oohle oa Jehova o ne o lokisitsoe letsatsing leo bakeng sa ho tšoara Paseka+ le ho nyehela mahlabelo a secheso aletareng ea Jehova, ho ea ka taelo ea Morena Josiase.+

17 Baiseraele ba neng ba le moo ba tšoara Paseka ka nako eo le Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso ka matsatsi a supileng.+ 18 Ho ne ho e-s’o tšoaroe Paseka e tšoanang le eo Iseraele ho tloha mehleng ea moprofeta Samuele ebile ho ne ho se na morena leha e le ofe oa Iseraele ea kileng a tšoara Paseka e tšoanang le e ileng ea etsoa ke Josiase,+ baprista, Balevi, Bajuda bohle, Baiseraele ba neng ba le teng le baahi ba Jerusalema. 19 Paseka ena e ile ea tšoaroa ha Josiase a e-na le lilemo tse 18 a busa.

20 Ka mor’a lintho tsena tsohle, ha Josiase a se a lokisitse tempele, Morena Neko+ oa Egepeta a tla ho tla loantša Karkemishe e haufi le Eufrate eaba Josiase oa mo hlasela.+ 21 Neko a mo romella molaetsa ka baromuoa a re: “U kena kae tabeng ee, uena morena oa Juda? Ha kea tla ho tla loantša uena empa ke tlile ho tla loantša sechaba se seng ’me Molimo o re ke potlake. Kaha Molimo o na le ’na, tlohela ho mo hanyetsa e le hore lintho li u tsamaele hantle, ho seng joalo o tla u bolaea.” 22 Leha ho le joalo, Josiase ha aa ka a mo tlohela empa a ikhakanya+ hore a mo loantše ’me a se ke a mamela mantsoe a Neko a neng a tsoa ho Molimo. A tla Thoteng ea Megido ho tla loana.+

23 Banna ba betsang metsu ba hlaba Morena Josiase eaba morena o re ho bahlanka ba hae: “Ntloseng mona hobane ke lemetse haholo.” 24 Bahlanka ba hae ba mo theola kariking ea ntoa, ba mo palamisa kariki ea hae ea bobeli eaba ba mo tlisa Jerusalema. Kahoo, a shoa ’me a pateloa mabitleng a baholo-holo ba hae.+ Baahi bohle ba Juda le Jerusalema ba llela Josiase. 25 Jeremia+ a binela Josiase ’me libini tsohle tsa banna le tsa basali+ li ntse li bina ka Josiase lipineng tsa koli-ea-malla ho fihlela kajeno. Ho ile ha etsoa qeto ea hore lipina tseo li binoe Iseraele ’me li ngotsoe lipineng tsa koli-ea-malla.

26 Histori eohle ea Josiase le kamoo a neng a rata a bile a mamela lintho tse ngotsoeng Molaong oa Jehova kateng 27 le liketso tsa hae, ho tloha qalong ho fihlela qetellong, li ngotsoe Bukeng ea Marena a Iseraele le a Juda.+

36 Bajuda ba etsa Joakaze mora oa Josiase+ morena Jerusalema.+ 2 Joakaze o ne a le lilemo li 23 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo. 3 Morena oa Egepeta a mo tlosa boreneng Jerusalema ’me a patalisa naha silevera le khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang 3 420.+ 4 Hape Neko+ morena oa Egepeta a etsa Eliakime abuti oa Joakaze morena oa Juda le Jerusalema ’me a fetola lebitso la hae hore e be Jojakime eaba o nka Joakaze ngoan’abo o mo isa Egepeta.+

5 Jojakime+ o ne a le lilemo li 25 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11. O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova Molimo oa hae.+ 6 Morena Nebukadnezare+ oa Babilona a mo hlasela ’me a mo tlama ka liketane tse peli tsa koporo hore a mo ise Babilona.+ 7 Nebukadnezare a nka tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo ea Jehova ka nkane, a li isa Babilona eaba o li beha ka phaleising ea hae e Babilona.+ 8 Histori eohle ea Jojakime, lintho tse nyonyehang le tse mpe tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe Bukeng ea Marena a Iseraele le a Juda ’me mora oa hae Jojakine ea e-ba morena.+

9 Jojakine+ o ne a le lilemo li 18 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka likhoeli tse tharo le matsatsi a leshome. O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+ 10 Ha selemo se qala, Morena Nebukadnezare a romela banna ba hae hore ba mo tlise Babilona+ le lintho tsa bohlokoa tsa ntlo ea Jehova.+ A etsa Tsedekia ngoan’abo ntate oa hae morena oa Juda le Jerusalema.+

11 Tsedekia+ o ne a le lilemo li 21 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 11.+ 12 O ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova Molimo oa hae. Ha aa ka a ikokobelletsa moprofeta Jeremia+ ea neng a bua lintho tseo a li laetsoeng ke Jehova. 13 O ile a fetohela le Morena Nebukadnezare+ ea neng a entse hore a ikane ka Molimo. A lula a le manganga, a le pelo e thata ’me a hana ho mamela Jehova Molimo oa Iseraele. 14 Sechaba le balaoli bohle ba baprista ba ne ba sa tšepahale, ba etsa lintho tsohle tse nyonyehang tse neng li etsoa ke lichaba tse ling. Ba silafatsa ntlo ea Jehova+ eo a neng a e hloekisitse Jerusalema.

15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.

17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+ 18 Lisebelisoa tsohle tsa ntlo ea Molimo oa ’nete, tse kholo le tse nyenyane, matlotlo a ntlo ea Jehova le matlotlo a morena le likhosana tsa hae, kaofela a li isa Babilona.+ 19 A chesa ntlo ea Molimo oa ’nete,+ a liha lerako la Jerusalema,+ a chesa litora tsohle tsa eona tse sireletsehileng ’me a senya lintho tsohle tsa bohlokoa.+ 20 A nka batho ba sa kang ba bolaoa ka sabole a ba isa botlamuoeng Babilona,+ ea e-ba basebeletsi ba hae+ le ba bara ba hae ho fihlela ’muso oa Persia o qala ho busa+ 21 hore ho phethahale mantsoe a Jehova a builoeng ke Jeremia,+ ho fihlela naha e patetse lisabatha tsa eona.+ E ne e boloka sabatha ka matsatsi ’ohle ha e ne e se na baahi, ho phethahatsa lilemo tse 70.+

22 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re: 23 “Morena Saeruse oa Persia o re, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše+ ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema e Juda.+ Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, a ke a ee teng ’me Jehova Molimo oa hae a be le eena.’”+

Kapa: “ba ne ba botsa Molimo moo.”

Kapa: “oa bontša ntate oa ka Davida lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “e le hore nka tsoa ka pel’a sechaba sena le hore nka kena.”

Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”

Kapa: “bapalami ba lipere.”

Kapa: “bapalami ba lipere.”

Kapa mohlomong: “li ne li tsoa Egepeta le Kue. Bo-rakhoebo ba morena ba ne ba li reka Kue,” mohlomong ho buuoa ka Sisilia.

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “basebetsi ba tloaelehileng.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “halaletse.”

E leng bohobe ba pontšo.

Kapa: “bolou.”

Ka Seheberu: “likore tse 20 000.” Kore e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “libate tse 20 000.” Bate e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse 60.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”

Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5 empa ba bang ba nahana hore “tsela ea khale ea ho lekanya” e bolela setsoe se selelele se lekanang le lisenthimithara tse 51,8. Sheba Ntlha ea B14.

Meqolo e meng ea boholo-holo e ngotsoeng ka letsoho e re feela “120,” ha meqolo e meng e ngotsoeng ka letsoho le liphetolelo tse ling li re “litsoe tse 20.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 600.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “lishekele tse 50.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “ntlong.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 35.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Kapa: “boroa.”

E bolelang “E se Eka [Jehova] a ka Tiisa ka Thata.”

Kapa: “leboea.”

Mohlomong e bolela “Ka Matla.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse 20.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”

Ka Seheberu: “Leoatle.” Kapa: “Letša.”

Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 30.”

Ka Seheberu: “Leoatle.”

Kapa: “setsoeng se seng le se seng.”

Ka Seheberu: “Leoatle.”

Ka Seheberu: “bophara ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “palesa.”

Ka Seheberu: “libate tse 3 000.” Bate e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “Leoatle.”

Ka Seheberu: “Leoatle.”

Kapa: “literoli tsa metsi.”

Ka Seheberu: “Leoatle.”

Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.

E leng Mokete oa Maphephe.

Kapa: “Baprista ba Balevi.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “mora oa hao ea tsoang lethekeng la hao.”

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”

Ka Seheberu: “litsoe tse tharo.”

Kapa: “u bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.

E leng kano eo haeba motho a e etsa ka ho bua leshano kapa a sa e tšepahalle a neng a tla rohakoa.

Ka Seheberu: “o lokile.”

Kapa: “o se file kotlo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “marutle.”

Ka Seheberu: “naheng ea likeiti tsa hae.”

Kapa: “botumo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “e mabapi le.”

Ka Seheberu: “baprista ba hao ba ke ba apare poloko.”

Ka Seheberu: “oa reteletsa sefahleho sa.”

Kapa: “u e-na le lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ho buuoa ka Balevi.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “moo ho kenoang teng Hamathe.”

Sheba Tlhaloso.

Letsatsi ka mor’a mokete kapa ka letsatsi la bo15.

Kapa: “phaleisi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Kapa: “haha.”

Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “matlo a polokelo.”

Kapa: “phethiloe.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 450.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “leka ka.”

Kapa: “ka lilotho.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 120.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “phaleisi.”

Kapa mohlomong: “a mo fa limpho tsa boleng bo ka holimo ho.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 666.”

Ka Seheberu: “lishekele tse 600.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.

Ka Seheberu: “limina tse tharo.” Mina Mangolong a Seheberu e lekana le likramo tse 570. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “bapalami ba lipere.”

E leng ea Eufrate.

Ka Seheberu: “o ne a etsa hore joko ea rona e be boima.”

Kapa: “le baholo.”

Kapa: “baholo.”

Ka Seheberu: “monoana oa hao o monyenyane o tla ba motenya ho feta letheka la ntate oa hao.”

Kapa: “ea baholo.”

Ka Seheberu: “litenteng.”

Ka Seheberu: “a khethiloeng.”

Ka Seheberu: “lipoli.”

E leng Roboame le Mahalathe.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ka kutloisiso.”

Kapa: “arohanya.”

Ka Seheberu: “mebuso.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “limathi.”

Ka Seheberu: “khethiloeng.”

Ka Seheberu: “khethiloeng.”

E leng selekane se sa feleng le se sa fetoheng.

E leng bohobe ba pontšo.

Ka Seheberu: “khethiloeng.”

Ka Seheberu: “itšetlehile ka.”

Kapa: “tlhalosong.”

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “mamati a mabeli.”

Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.

Ka Seheberu: “re itšetlehile ka.”

Kapa: “masole.”

Ka Seheberu: “Ka matsatsi a mangata.”

Ka Seheberu: “ho ne ho se na khotso bakeng sa ea tsoang kapa ea kenang.”

Ka Seheberu: “le se ke la tlohela matsoho a lona hore a khathale.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “haha bocha.”

Kapa: “phaleisi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “haha bocha.”

Kapa: “haha bocha.”

Ka Seheberu: “itšetleha ka.”

Ka Seheberu: “itšetlehile ka.”

Kapa: “inehetseng ho eena.”

Ka Seheberu: “ka tlung ea metšoaso.”

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Ho bonahala e ne e se mollo oa ho chesa setopo sa Asa empa e ne e le oa ho chesa linoko.

Ka Seheberu: “tsamaea.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sethabathaba.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lipoli tse tona.”

Kapa: “phehella.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sututsa.”

Ka Seheberu: “u bue ’nete ka lebitso la Jehova.”

Ka Seheberu: “lebotho la maholimo.”

Kapa: “a sa rera.”

Ka Seheberu: “liahelong.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “ka khotso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “pelo ea hao ea ikemisetsa.”

Kapa: “le inehele ka pelo eohle.”

Kapa: “a ka ba le se molemo.”

Kapa mohlomong: “Bameune.”

Ho bonahala e le Leoatle le Shoeleng.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “bara.”

Sheba Tlhaloso.

A thetsitse fatše ka hlooho.

Kapa: “le ka mamella.”

Kapa: “Phuleng.”

E bolelang “Tlhohonolofatso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “soahlamana.”

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Ka Seheberu: “hore o tla mo fa lebone.”

Kapa: “ba etse botekatse.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba etse botekatse.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleising.”

O boetse o bitsoa Akazia.

Ka Seheberu: “morali.”

Libukeng tse ling tsa khale tsa Seheberu tse ngotsoeng ka letsoho, ke “Azaria.”

Kapa: “o ne a kula.”

Ka Seheberu: “mora.”

Kapa: “tlotsitse.”

Ka Seheberu: “peo eohle ea ’muso.”

Ka Seheberu: “utsoa.”

Kapa: “selekane.”

Kapa: “phaleising.”

Ka Seheberu: “ha a kena le ha a tsoa.”

Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.

Kapa: “lerumo.”

Kapa: “Bopaki.” Ho ka etsahala hore ho buuoa ka moqolo o neng o e-na le Molao oa Molimo.

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “ntlong.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “pelo ea hae ea lakatsa.”

Kapa mohlomong: “ho fihlela kaofela ba fane.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba paka khahlanong le bona.”

Ka Seheberu: “aparela.”

E leng Basiria.

Kapa: “a e-na le maloetse a mangata.”

Kapa: “mora.” Ho ka etsahala hore lentsoe lena ha le le ka bongateng le bolela bokhabane.

Ka Seheberu: “ho theha.”

Ka Seheberu: “khethetsoeng.”

Ka Seheberu: “litalenta tse 100.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “litalenta tse 100.”

Kapa: “re kopane.”

Kapa: “phaleising.”

Ka Seheberu: “litenteng.”

O boetse o bitsoa Akazia.

Ka Seheberu: “litsoe tse 400.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “tse neng li hlokomeloa ke.”

Kapa: “phaleisi.”

E leng ntate oa hae Amazia.

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Kapa: “sehlabeng.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Ho bonahala eka tšimo ena e ne e le pel’a mabitla a marena.

Ka Seheberu: “litalenta tse 100.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “likore tse 10 000.” Kore e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Sheba Tlhaloso, “Gehena.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “phaleising.”

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Kapa: “ba ba tšehe.”

Kapa: “le phomole.”

Kapa: “le be basebeletsi ba hae.”

E leng bohobe ba pontšo.

Kapa: “lipoli tse tona.”

Kapa: “lipoli tse tona.”

Ba thetsitse fatše ka lihlooho.

Kapa: “hlophisoa.”

Ka Seheberu: “Limathi.”

Kapa: “mosa.”

Ka Seheberu: “Limathi.”

Ka Seheberu: “folisa.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “halalelitsoe bakeng sa.”

Kapa: “likamore tsa ho jela.”

Kapa: “Milo.” Lentsoe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”

Kapa: “metsu.”

Ka Seheberu: “letsoho la nama.”

Kapa: “masole a hae a mangata.”

Kapa: “tempeleng.”

Kapa: “matlo a polokelo.”

Kapa: “matlo a polokelo.”

Kapa: “a e-na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “fetisa mollong.”

Kapa: “mathuela.”

Kapa mohlomong: “likoting.”

Kapa: “a nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hae.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ba bonang lipono.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ntlo.”

Kapa: “basebetsi ba tloaelehileng.”

Ka Seheberu: “ka letsoho la.”

Ka Seheberu: “pelo ea hao e ile ea e-ba bonolo.”

Ka Seheberu: “patoa joaloka baholo-holo ba hao.”

Ka seheberu: “nchafatsa selekane.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “litšoantšo.”

Kapa mohlomong: “besa.”

Ka Seheberu: “ntlo.”

Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”

Kapa: “a e-na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “litalenta tse 100.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Ho ka etsahala hore e ne e le ka nako ea selemo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela