LIKETSO TSA BAAPOSTOLA
1 Theofilase, ke ile ka hlophisa tlaleho ea pele e buang ka lintho tsohle tseo Jesu a ileng a li etsa le ho li ruta+ 2 ho fihlela letsatsing leo ka lona a ileng a nkeloa leholimong.+ O ile a ea leholimong ka mor’a hore a fe baapostola bao a ba khethileng litaelo a tataisoa ke moea o halalelang.+ 3 Ka mor’a hore a utloe bohloko, o ile a hlaha ho bona ka litsela tse ngata tse pakang hore oa phela.+ O ile a qeta matsatsi a 40 a ntse a e-na le bona, a bua ka ’Muso oa Molimo.+ 4 Ha a ntse a e-na le bona o ile a ba fa taelo ena: “Le se ke la tloha Jerusalema+ empa le lule le emetse ntho eo Ntate a le tšepisitseng eona+ eo ke le boleletseng ka eona. 5 Johanne o ne a kolobetsa ka metsi empa le tla kolobetsoa ka moea o halalelang+ ka mor’a matsatsi a seng makae ho tloha hona joale.”
6 Ha barutuoa ba bokane ba re ho eena: “Morena, na u tl’o khutlisetsa ’muso ho Iseraele hona joale?”+ 7 A re ho bona: “Ha se taba ea lona ho tseba linako tse taolong ea Ntate.+ 8 Ha le fumana moea o halalelang,+ le tla ba le matla ’me le tla ba lipaki+ tsa ka Jerusalema,+ libakeng tsohle tsa Judea le Samaria+ le karolong e hole-hole ea lefatše.”+ 9 Ha a qeta ho cho joalo, a phahamisoa ba ntse ba mo shebile, leru la mo koahela eaba ha ba sa mo bona.+ 10 Ha ba ntse ba shebile leholimong joalo, ha hlaha banna ba babeli ba apereng liaparo tse tšoeu.+ Banna bao ba fihla ba ema haufi le bona. 11 Ba re ho bona: “Banna ba Galilea, ke hobane’ng ha le eme le shebile leholimong? Jesu ea tlohileng ho lona a isoa leholimong o tla tla ka mokhoa o tšoanang le oo le boneng a ea leholimong ka oona.”
12 Barutuoa ba tloha Thabeng ea Mehloaare e haufi le Jerusalema eaba ba khutlela Jerusalema+ e bohole bo ka etsang k’hilomithara e le ’ngoe.* 13 Ha ba fihla moo, ba ea kamoreng e ka holimo moo ba neng ba fihletse teng. Ho ne ho e-na le Petrose, Johanne, Jakobo, Andrease, Filipi, Thomase, Bartholome, Matheu, Jakobo mor’a Alfiase, Simone ea chesehang le Judase mora oa Jakobo.+ 14 Kaofela ha bona ba ne ba rapela kamehla ba momahane. Maria ’mè oa Jesu, bana ba bo Jesu+ le basali ba bang+ le bona ba ne ba le teng.
15 Matsatsing ao, Petrose a ema har’a bana babo (bohle ba neng ba le teng ba ne ba ka ba 120) eaba o re: 16 “Bana beso, boprofeta ba lengolo leo moea o halalelang o ileng oa susumetsa Davida hore a bo bolele bo ne bo lokela ho phethahala. Ke boprofeta bo buang ka Judase+ ea ileng a tataisa batho ba ileng ba tšoara Jesu.+ 17 E ne e le e mong oa rona ebile a khethiloe+ hore a etse mosebetsi ona. 18 (Monna enoa o ile a reka tšimo ka moputso oa bokhopo.+ O ile a tabana fatše ka hlooho, mpa ea hae ea phatloha eaba mala a hae kaofela aa qhalana.+ 19 Baahi bohle ba Jerusalema ba ile ba tseba taba ena. Ka puo ea bona, tšimo eo e ile ea bitsoa Akeldama, e bolelang, “Tšimo ea Mali.”) 20 Buka ea Lipesaleme e re, ‘Sebaka seo a lulang ho sona se ke se hloke baahi, ho se ke ha e-ba le motho ea lulang teng.’+ Hape e re, ‘Mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli o ke o nkoe ke motho e mong.’+ 21 Ka hona, ho hlokahala hore a nkeloe sebaka ke e mong oa banna bao esale ba e-na le rona ha Morena Jesu a etsa mesebetsi ea hae. 22 A nkeloe sebaka ke monna ea neng a e-na le rona ho tloha ha Jesu a kolobetsoa ke Johanne+ ho fihlela a tlosoa ho rona.+ Joaloka rona, monna enoa e be paki e boneng hore Jesu o tsositsoe.”+
23 Ba buella barutuoa ba babeli e leng Mathiase le Josefa ea bitsoang Barsabase, ea neng a boetse a rehiloe Justase. 24 Ba rapela ba re: “Jehova,* u tseba lipelo tsa batho bohle.+ Re kopa u re bontše hore na ho banna bana ba babeli ke ofe eo u mo khethileng 25 ho etsa mosebetsi ona le ho ba moapostola hobane Judase o tlohetse mosebetsi oo a inkela tsela ea hae.”+ 26 Ba lahla lotho+ eaba e supa Mathiase. Kahoo, a balelloa le baapostola ba 11.
2 Ha Mokete oa Pentekonta+ o ntse o tsoela pele, kaofela ba ne ba le sebakeng se le seng. 2 Ha ba ntse ba lutse, ha e-ba le lerata le tsoang leholimong le kang moea o fokang ka sekhahla eaba le tlala ntlo eo ba neng ba le ka ho eona.+ 3 Ha hlaha malakabe a mollo a kang maleme. Lelakabe ka leng la lula holim’a e mong le e mong. 4 Kaofela ba tlala moea o halalelang+ eaba ba bua lipuo tse fapaneng ho ea kamoo moea o neng o ba tataisa kateng.+
5 Ka nako eo, Bajuda ba hlomphang Molimo ba tsoang lichabeng tsohle ba ne ba tlile Jerusalema.+ 6 Ha batho ba utloa molumo oo ba phutheha, ba makalla hore ebe barutuoa ba bua lipuo tsa bona. 7 Ba bua ba maketse ba re: “Utloang! Na batho baa ba ntseng ba bua ha se Bagalilea?+ 8 Joale ho tla joang hore ebe ba bua lipuo tsa rona? 9 Har’a rona mona ke Baparthia, Bamede,+ Baelame,+ baahi ba Mesopotamia, Judea, Kapadosia, Pontase, ba profinse ea Asia,+ 10 ba Frigia, Pamfilia, Egepeta le ba tsoang likarolong tsa Libia e haufi le Saerene. Ho boetse ho na le baeti ba tsoang Roma, Bajuda, basokolohi,+ 11 Bakreta le Maarabia. Re utloa ba bua ka mesebetsi e meholo ea Molimo ka lipuo tsa rona.” 12 Ba ne ba maketse, ba ntse ba botsana hore na ebe ho etsahala’ng. 13 Ba bang bona ba ne ba ba soma ba re: “Batho bana ba noele.”*
14 Petrose a ema le baapostola ba 11+ eaba o phahamisa lentsoe o re: “Banna ba Judea le lona baahi bohle ba Jerusalema, ’mameleng ka hloko. 15 Batho bana ha baa tahoa joalokaha le nahana hobane ke hona e leng hora ea borobong hoseng.* 16 Ba phethahatsa mantsoe a moprofeta Joele ha a ne a re: 17 ‘Molimo o re: “Matsatsing a ho qetela ke tla fa batho bohle moea o halalelang. Bara le barali ba lona ba tla profeta, bahlankana ba lona ba tla bona lipono le banna-baholo ba lona ba lore litoro.+ 18 Ka nako eo, ke tla fana ka moea oa ka esita le ho makhoba a ka a banna le a basali ’me a tla profeta.+ 19 Ke tla etsa hore ho be le mehlolo leholimong le lefatšeng. Ho tla ba le mali, mollo le mosi. 20 Pele letsatsi le leholo la Jehova* le fihla, letsatsi le tla fifala, khoeli e be khubelu joaloka mali 21 empa e mong le e mong ea tšepetseng* lebitsong la Jehova* o tla pholoha.”’+
22 Batho ba Iseraele, mamelang: Molimo o re bontšitse ka ho hlaka hore Jesu oa Monazaretha o rometsoe ke eena kaha o ile a etsa mesebetsi e meholo le mehlolo ka thuso ea Molimo+ joalokaha le ile la bona. 23 Jesu ke eena eo le ileng la mo tšoara ’me la fana ka eena ho batho ba khopo hore ba mo bolaee ka ho mo khokhothela palong.+ Molimo o lumetse hore ho be joalo. Kahoo, o ne a tseba hore Jesu o tla etsahalloa ke ntho e tjena.+ 24 Empa Molimo o ile a mo tsosa,+ a mo lokolla bohlokong* ba lefu hobane lefu le ne le se na matla a ho lula le mo tšoere.+ 25 Ha Davida a bua ka Jesu o re: ‘Ke lula ke nahana ka Jehova* hobane o ka letsohong la ka le letona hore ke se ke ka tšoenyeha. 26 Kahoo, pelo ea ka e ile ea nyakalla ’me ka bua ke thabile haholo.* Ke tla lula ke e-na le tšepo 27 hobane u ke ke oa ntlohela Lebitleng* kapa oa lumella motho ea u tšepahallang hore a bolle lebitleng.+ 28 U ntsebisitse litsela tse isang bophelong. U tla etsa hore ke thabe haholo ha ke na le uena.’+
29 Bana beso, ke kopa le ntumelle hore ke bue le lona ka bolokolohi ka Davida moholo-holo oa rona. O ile a shoa a ba a patoa+ ’me lebitla la hae le ntse le le teng ho fihlela joale. 30 Davida e ne e le moprofeta ’me a tseba hore Molimo o ne a mo hlapanyelitse hore o tla beha e mong oa litloholo tsa hae* teroneng ea hae.+ 31 Kahoo, o ile a tseba a ba a profeta hore Kreste o tla tsoha le hore a ke ke a tloheloa Lebitleng* kapa hore ’mele oa hae o bole.+ 32 Molimo o ile a fela a tsosa Jesu ’me kaofela re lipaki tsa taba eo.+ 33 O ile a phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo,+ a fuoa moea o halalelang oo Ntate a neng a o tšepisitse.+ Kahoo, o fane ka moea oo joalokaha le bona le bile le utloa. 34 Davida ha aa ka a nyolohela leholimong empa o itse, ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 35 ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 36 Baiseraele bohle ba ke ba tsebe hore kannete Jesu enoa eo le mo khokhothetseng palong,+ Molimo o mo khethile hore e be Morena+ hape e be Kreste.”
37 Ha ba utloa litaba tsena, ba utloa bohloko bo tebileng eaba ba re ho Petrose le baapostola ba bang: “Bana beso, re etse joang?” 38 Petrose a re ho bona: “Bakang+ le be le kolobetsoe+ ka lebitso la Jesu Kreste e le hore le tšoareloe libe+ ’me le tla fuoa mpho ea moea o halalelang. 39 Tšepiso ena+ e etselitsoe lona, bana ba lona le batho bohle ba lulang hole, bohle bao Jehova* Molimo oa rona a ka ba bitsetsang ho eena.”+ 40 Petrose a ’na a bua ’me a fana ka bopaki bo feletseng a bile a ntse a eletsa batho a re: “Le se ke la tšoana le batho bana ba fosahetseng e le hore le ka pholoha.”+ 41 Ba ileng ba thabela litaba tsa hae ba kolobetsoa+ ’me batho ba ka bang 3 000 ea e-ba barutuoa letsatsing leo.+ 42 Kamehla ba ne ba ithuta lithuto tsa baapostola, ba arolelana lintho tsohle, ba ja ’moho+ ebile ba rapela.+
43 Ha batho ba bona baapostola ba etsa mehlolo e mengata,+ ba hlompha Molimo. 44 Barutuoa bohle ba bacha ba ne ba bokana ebile ba arolelana lintho tsohle. 45 Ba ne ba rekisa lintho tsa bona+ ebe ba arolela bohle chelete ho ea kamoo e mong le e mong a hlokang kateng.+ 46 Ba ne ba ea tempeleng letsatsi le letsatsi ba momahane, ba memana hore ba je ’moho malapeng a bona ka lipelo tse tšoeu. 47 Ba ne ba boetse ba rorisa Molimo ebile ba ratoa ke batho bohle. Letsatsi le letsatsi, Jehova* a eketsa barutuoa ba ntseng ba pholosoa.+
3 Petrose le Johanne ba ea tempeleng ho ea rapela ka hora ea boraro,* motšehare oa mantsiboea. 2 Ka nako eo, monna e mong ea hlahileng a holofetse o ne a jeroe a isoa keiting ea tempele e bitsoang Keiti e Ntle. O ne a behoa teng letsatsi le leng le le leng e le hore a kope chelete ho batho ba kenang ka tempeleng. 3 Ha a bona Petrose le Johanne ba le haufi le ho kena ka tempeleng, a ba kopa chelete. 4 Petrose le Johanne ba mo sheba eaba ba re: “Re shebe.” 5 A ba sheba a lebeletse hore ba mo fe ho hong. 6 Leha ho le joalo, Petrose a re: “Ha ke na silevera kapa khauta empa ke u fa ntho eo ke nang le eona. Ka lebitso la Jesu Kreste oa Monazaretha, ema u tsamaee.”+ 7 A mo tšoara ka letsoho le letona, a mo emisa+ eaba maoto a hae le maqaqailana aa tiea.+ 8 A raoha eaba oa tsamaea.+ A kena le bona ka tempeleng a ntse a tlola-tlola a bile a rorisa Molimo. 9 Batho bohle ba mo bona a tsamaea a ntse a rorisa Molimo. 10 Ba hlokomela hore monna eo ke eena eane ea neng a tloaetse ho lula Keiting e Ntle tempeleng a emetse hore batho ba mo fe chelete.+ Ba ne ba maketse haholo ha ba bona a se a tsamaea.
11 Ha monna eo a ntse a tšoere Petrose le Johanne ka matsoho, batho ba mathela ho ea bona karolo ea tempele e bitsoang Phaseje ea Solomone+ ba maketse haholo. 12 Ha Petrose a ba bona a re ho bona: “Batho ba Iseraele le makaletse’ng? Ke hobane’ng ha le re shebile joalokaha eka re entse hore monna eo a tsamaee ka matla a rona kapa ka lebaka la hore re sebeletsa Molimo ka botšepehi? 13 Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo,+ Molimo oa baholo-holo ba rona, o tlotlisitse Mohlanka oa hae+ Jesu,+ eo le ileng la fana ka eena+ ho lira tsa hae ’me la mo latola ka pel’a Pilato le hoja Pilato eena a ne a entse qeto ea ho mo lokolla. 14 Le ile la latola monna eo ea halalelang le ea lokileng. La kopa hore le lokolleloe ’molai+ 15 eaba le bolaea Moeta-pele e Moholo ea khethetsoeng ho fana ka bophelo.+ Empa Molimo o mo tsositse bafung ’me re lipaki tsa taba eo.+ 16 Kaha re lumela ho eena, monna enoa eo le mo bonang le eo le mo tsebang o folisitsoe ka lebitso la hae. Tumelo eo re nang le eona ho eena e entse hore monna enoa a fole joalokaha le bona. 17 Bana beso, kea tseba hore le entse joalo ka lebaka la ho hloka tsebo+ joalokaha babusi ba lona le bona ba entse.+ 18 Empa Molimo o ile a lumella lintho tsena hore li etsahale e le ho phethahatsa lintho tseo a li phatlalalitseng esale pele ka baprofeta bohle, hore Kreste oa hae o ne a tla utloa bohloko.+
19 Bakang+ ’me le sokolohe,+ libe tsa lona li tle li hlakoloe+ e le hore Jehova* a ka le khatholla* 20 a be a romele Kreste eo a le khethetseng eena e leng Jesu. 21 Jesu o lokela ho lula leholimong ho fihlela nako e fihla ea hore ho nchafatsoe lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona a sebelisa baprofeta ba hae ba khale ba halalelang. 22 Moshe o ile a re: ‘Jehova* Molimo oa lona o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona.+ Le mamele lintho tsohle tseo a le bolellang tsona.+ 23 Motho ea sa mameleng Moprofeta eo o tla felisoa.’+ 24 Baprofeta bohle ho tloha ka Samuele ho ea pele le bona ba ile ba bua ka ho hlaka ka matsatsi ana.+ 25 Ke lona bana ba baprofeta le majalefa a selekane seo Molimo a se entseng le baholo-holo ba lona+ ha a ne a re ho Abrahama: ‘Lichaba* tsohle tsa lefatše li tla hlohonolofatsoa ka lebaka la ngoana* oa hao.’+ 26 Ka mor’a hore Molimo a khethe Mohlanka oa hae, o ile a mo romela ho lona pele+ e le hore a le hlohonolofatse ka ho le thusa hore le bakele liketso tsa lona tse fosahetseng.”
4 Ha Petrose le Johanne ba ntse ba bua le sechaba, baprista ba baholo, motsamaisi oa tempele le Basaduse+ ba ba khorohela, 2 ba halefisitsoe ke hore baapostola baa ruta ebile ba bolella batho phatlalatsa hore Jesu o tsositsoe bafung.+ 3 Ba ba tšoara eaba baa ba koalla+ ho fihlela letsatsing le hlahlamang hobane e ne e se e le shoalane. 4 Batho ba bangata ba neng ba ba mametse ea e-ba barutuoa. Palo ea barutuoa ba banna e ne e ka ba 5 000.+
5 Ka le hlahlamang, babusi, baholo le bangoli ba Bajuda ba kopana Jerusalema 6 ba e-na le Anase+ moprista e moholo, Kaifase,+ Johanne, Alexandere le bohle ba amanang le moprista e moholo. 7 Ba tlisa Petrose le Johanne eaba ba re ho bona: “Ke mang ea le fileng matla a ho etsa tjee?” 8 Petrose a bua a tletse moea o halalelang+ a re:
“Babusi ba sechaba le lona baholo 9 haeba le re hloma lipotso ka ntho e ntle eo re e etselitseng monna ea neng a holofetse+ ’me le batla ho tseba hore na ke mang ea mo folisitseng, 10 lona le Baiseraele bohle le tsebe hore monna enoa ea emeng ka pel’a lona o folisitsoe ka lebitso la Jesu Kreste oa Monazaretha,+ eo le ileng la mo khokhothela palong+ empa Molimo a mo tsosa bafung.+ 11 Jesu ke ‘lejoe leo lona lihahi le ileng la nka le se bohlokoa empa lejoe leo le se le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.’*+ 12 Hape ha ho na mopholosi e mong ntle le eena hobane ha ho na lebitso le leng+ lefatšeng leo Molimo a le fileng batho e le hore re pholohe.”+
13 Ha ba bona kamoo Petrose le Johanne ba leng sebete kateng le hore ke batho feela ba tloaelehileng ba sa rutehang,*+ ba makala. Ba hlokomela hore ba ne ba tloaetse ho tsamaea le Jesu.+ 14 Ba ne ba shebile monna ea nang le bona ea seng a phekotsoe,+ ba sa tsebe hore na ba ka hanyetsa ka ho re’ng.+ 15 Kahoo, ba ba laela hore ba ee ka ntle ho holo ea Lekhotla le Phahameng la Bajuda,* bona ba sala ba buisana 16 ba re: “Re tla etsa’ng ka batho baa?+ Ntho ena eo ba e entseng ke mohlolo ’me baahi bohle ba Jerusalema ba e bone,+ re ke ke ra e latola. 17 A re ba tšoseng re ba bolelle hore ba se ke ba hlola ba bua ka lebitso lena e le hore taba ena e se ke ea tsebahala ho feta mona.”+
18 Ba ba bitsa eaba ba ba laela hore ba se ke ba hlola ba ruta kapa ba bua ka lebitso la Jesu. 19 Petrose le Johanne ba re: “Lona iketsetseng qeto hore na ho nepahetse mahlong a Molimo hore re mamele lona ho e-na le ho mamela eena. 20 Empa rona re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.”+ 21 Ba ba tšosa hape eaba baa ba lokolla hobane ba ne ba se na mabaka a ho ba ahlola. Hape ba ne ba tšaba batho+ hobane batho bohle ba ne ba tlotlisa Molimo ka lebaka la ntho e etsahetseng. 22 Lilemo tsa monna eo ea neng a phekotsoe ka mohlolo li ne li feta 40.
23 Ka mor’a hore barutuoa bao ba babeli ba lokolloe, ba ea ho barutuoa ba bang ’me ba ba bolella hore na baholo le baprista ba baholo ba itse’ng ho bona. 24 Ha ba utloa litaba tsena, ba rapela Molimo ba momahane ba re:
“’Musi oa Lintho Tsohle, ke uena ea entseng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.+ 25 Ke uena ea ileng a susumetsa moholo-holo oa rona Davida+ mohlanka oa hao ka moea o halalelang hore a re: ‘Ke hobane’ng ha lichaba li ne li le morusu ’me batho ba thuisa ka lintho tse se nang thuso? 26 Marena a lefatše a ile a itokisetsa ho loana ’me babusi ba ikopanya hore ba hlasele Jehova* le motlotsuoa oa hae.’*+ 27 Heroda, Ponse Pilato,+ batho ba lichaba le Baiseraele ba ne ba ikopantse motseng ona ho hlasela mohlanka oa hao ea halalelang Jesu, eo u mo khethileng+ 28 e le hore ba etse lintho tseo u neng u rerile esale pele hore li etsahale ka matla le thato ea hao.+ 29 Jehova,* re kopa u bone kamoo ba re tšosang kateng ’me u thuse makhoba a hao hore a ’ne a bolele lentsoe la hao ka sebete sohle. 30 Re kopa u sebelise matla a hao ho folisa batho ba kulang le hore mehlolo e etsahale+ ka lebitso la mohlanka oa hao ea halalelang Jesu.”+
31 Ka mor’a hore ba etse thapelo eo e matla, sebaka seo ba bokaneng ho sona sa sisinyeha eaba kaofela ba tlala moea o halalelang+ ’me ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.+
32 Barutuoa bohle ba ne ba lumellana.* Ba ne ba arolelana lintho tsohle, ho se na ea reng lintho tsa hae ke tsa hae a le mong.+ 33 Baapostola ba ’na ba fana ka bopaki ka tsoho ea Morena Jesu ka matla a maholo+ ’me Molimo a hlohonolofatsa bohle haholo.* 34 Ho ne ho se le ea mong oa bona ea hlokang+ hobane batho bohle ba nang le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa, ba tlisa chelete ea lintho tse rekisitsoeng 35 ebe ba e fa baapostola.+ Baapostola ba ne ba abela barutuoa bohle chelete eo ho ea ka hore na ba hloka’ng.+ 36 Josefa oa Molevi ea hlahetseng Saeprase, eo baapostola ba neng ba mo bitsa Barnabase+ (eo ha e fetoleloa e bolelang, “Mora oa Matšeliso”), 37 o ile a rekisa setša sa hae eaba o fa baapostola chelete ea sona.+
5 Monna ea bitsoang Ananiase le mosali oa hae Safira ba rekisa tšimo ea bona. 2 Empa Ananiase a ipolokela chelete e ’ngoe ka lekunutu eaba o isa e ’ngoe ho baapostola. Mosali oa hae o ne a tseba taba eo.+ 3 Petrose a re: “Ananiase, ke hobane’ng ha u lumeletse Satane ho etsa hore u be le sebete sa ho thetsa+ moea o halalelang+ ebe u ipolokela chelete e ’ngoe ea tšimo ka lekunutu? 4 Tšimo eo e ne e le ea hao. Le ka mor’a hore u e rekise, chelete ea eona e ne e ntse e le ea hao. Ke hobane’ng ha u ile oa rera ho etsa ntho e tjee? U thetsitse Molimo eseng batho.” 5 Ha Ananiase a utloa mantsoe ao, a oela fatše eaba oa shoa. Batho bohle ba ileng ba utloa ka taba ena ba tšoha haholo. 6 Bahlankana ba neng ba le teng moo ba mo thatela ka masela, ba mo jara ba ea mo pata.
7 Ka mor’a lihora tse ka bang tharo mosali oa hae a kena. O ne a sa tsebe hore na ho etsahetse’ng. 8 Petrose a re ho eena: “Ak’u mpolelle, na le rekisitse tšimo ka bokaa?” A re: “E, ho joalo.” 9 Petrose a re ho eena: “Ke hobane’ng ha le ile la lumellana hore le leke moea oa Jehova?* Batho ba patileng monna oa hao ba monyako ’me ba tl’o u ntšetsa ka ntle.” 10 Safira a oela ka pel’a Petrose hang-hang eaba oa shoa. Ha bahlankana ba kena, ba mo fumana a shoele eaba ba mo ntšetsa ka ntle ’me ba mo pata pel’a monna oa hae. 11 Phutheho eohle le batho bohle ba ileng ba utloa litaba tsena ba tšoha haholo.
12 Baapostola ba ’na ba etsa mehlolo e mengata har’a sechaba.+ Barutuoa bohle ba ne ba tloaetse ho kopana Phasejeng ea Solomone.+ 13 Batho ba bang ba ne ba tšaba ho ikopanya le bona. Leha ho le joalo, sechaba se ne se ba rorisa haholo. 14 Palo ea banna le basali ba lumelang ho Morena ea eketseha haholo.+ 15 Batho ba ne ba tlisa bakuli literateng tse kholo ka libethe tse nyenyane le mampara e le hore ha Petrose a feta, bonyane seriti sa hae se ka fihla ho ba bang ba bona.+ 16 Hape batho ba bangata ba tsoang metseng e haufi le Jerusalema ba tla ba jere bakuli le batho ba khathatsoang ke bademona ’me kaofela ba phekoloa.
17 Moprista ea phahameng le bohle ba nang le eena ba lequloana la Basaduse ba tlala mona. 18 Ba tšoara baapostola ba ba kenya teronkong ea motse.+ 19 Empa bosiu lengeloi la Jehova* la bula menyako ea teronko,+ la ba ntša eaba le re: 20 “E-eang ka tempeleng, le ’ne le bolelle sechaba molaetsa oa bophelo.” 21 Ka mor’a moo, ba ea tempeleng esale hoseng ho ea ruta.
Ha moprista ea phahameng le ba nang le eena ba fihla, ba bokella Lekhotla le Phahameng la Bajuda* le baholo bohle ba Iseraele eaba ba roma balebeli teronkong hore ba tle le baapostola. 22 Ha balebeli ba fihla teronkong, ba fumana ba le sieo. Ba khutla ’me ba fana ka tlaleho ena: 23 “Re fumane teronko e koetsoe ka thata le balebeli ba eme menyako empa ha re bula ra fumana ho se na motho ka hare.” 24 Ha motsamaisi oa tempele le baprista ba baholo ba utloa tlaleho ena, ba ne ba qakehile ’me ba ipotsa hore na ebe taba ena e tla fella kae. 25 Eaba motho e mong oa fihla o re ho bona: “Banna bao le neng le ba koaletse teronkong ba ka tempeleng ba ntse ba ruta batho.” 26 Motsamaisi le balebeli ba hae ba ba lata empa eseng ka moea oa ntoa hobane ba ne ba tšohile hore sechaba se tla ba tlepetsa ka majoe.+
27 Ba ba tlisa ka pel’a Lekhotla le Phahameng la Bajuda.* Moprista ea phahameng a re ho bona: 28 “Re le laetse ka thata hore le se ke la ’na la ruta batho ka lebitso lena+ empa lona le tlatsitse Jerusalema thuto ea lona ’me le batla ho re jarisa molato oa lefu la motho enoa.”+ 29 Petrose le baapostola ba bang ba re: “Molimo ke eena ’musi oa rona, re tla mamela eena eseng batho.+ 30 Molimo oa baholo-holo ba rona o tsositse Jesu, eo le mo bolaileng ka ho mo fanyeha palong.*+ 31 Molimo o mo phahamiselitse ka letsohong la hae le letona+ e le Moeta-pele e Moholo+ le Mopholosi+ e le hore Baiseraele ba ka baka ’me ba tšoareloa libe.+ 32 Re lipaki tsa litaba tsena.+ Moea o halalelang+ oo Molimo a o fileng batho ba mo nkang e le ’musi oa bona ebile ba mo mamela, le oona oa li paka.”
33 Ha ba utloa ba cho joalo, ba tuka ke bohale* ’me ba batla ho ba bolaea. 34 Gamaliele oa Mofarisi,+ mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle, a ema ka pel’a lekhotla eaba o laela hore banna bao ba isoe ka ntle ka nakoana. 35 A re ho banna ba lekhotla: “Banna ba Iseraele, le be hlokolosi hore na le ahlola banna bana joang. 36 Nakong e fetileng, ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Theudase ea ileng a re eena ke motho oa bohlokoa eaba banna ba ka bang 400 baa mo latela. Empa o ile a bolaoa eaba balateli bohle ba hae baa qhalakana baa fela. 37 Ka mor’a moo, ha hlaha Judase oa Mogalilea nakong eo ho neng ho ngolisoa sechaba ’me a susumetsa batho hore ba mo latele. Le eena o ile a bolaoa eaba balateli ba hae kaofela baa qhalakana. 38 Kahoo, ha boemo bo le tjena ke re ho lona, le se ke la kena-kenana le banna bana, le ba tlohele. Haeba morero ona kapa mosebetsi ona ke oa batho, o ke ke oa atleha 39 empa haeba ke oa Molimo, le ke ke la khona ho ba hlola,+ ho seng joalo le ka iphumana le loantša Molimo.”+ 40 Ba mo mamela eaba ba bitsa baapostola, ba ba shapa+ le ho ba laela hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu eaba baa ba lokolla.
41 Baapostola ba tloha khotla ba thabile+ hobane ba nka e le tlotla ho tlotlolloa ka lebaka la lebitso la hae. 42 Ba ’na ba ea tempeleng le ka ntlo le ntlo letsatsi le leng le le leng+ ba ruta le ho bolella batho litaba tse monate ka Kreste Jesu.+
6 Mehleng eo ha barutuoa ba ntse ba eketseha, Bajuda ba buang Segerike ba tletleba ka Bajuda ba buang Seheberu hobane bahlolohali ba Bagerike ba ne ba tlolisoa mahlo letsatsi le leng le le leng ha ho fanoa ka lithuso.+ 2 Kahoo, baapostola ba 12 ba bitsa barutuoa bohle eaba ba re: “Ha se ntho e ntle hore re emise ho ruta lentsoe la Molimo e le hore re abe lijo litafoleng.+ 3 Bana ba bo rona, ikhetheleng banna ba supileng ba nang le botumo bo botle,+ ba bohlale le ba tletseng moea o halalelang+ e le hore re ka ba fa boikarabelo ba ho okamela mosebetsi ona oa bohlokoa.+ 4 Rona re tla ’ne re rapele le ho ruta lentsoe la Molimo.” 5 Barutuoa bohle ba thabela qeto ena. Ba khetha Setefane, monna ea neng a e-na le tumelo e matla a bile a tletse moea o halalelang. Ba khetha le Filipi,+ Prokore, Nikanore, Timone, Parmena le Nikolase mosokolohi oa Antioke. 6 Ba ba tlisa ho baapostola eaba baapostola baa rapela ’me ba ba beha matsoho.+
7 Ka lebaka leo, lentsoe la Molimo la ’na la tsebahala+ ’me barutuoa ba eketseha haholo+ Jerusalema. Baprista ba bangata le bona ea e-ba balumeli.+
8 Setefane ke monna eo Molimo a neng a mo rata haholo a bile a mo file matla a maholo. O ne a etsa mehlolo e meholo har’a batho. 9 Empa banna ba bang ba sehlopha se bitsoang Ntlo ea Thapelo* ea Batho ba Lokolotsoeng, ba tla ho tla pheha khang le Setefane. Ba ne ba e-na le Basaerene, Baalexandria le batho ba bang ba tsoang Silisia le Asia. 10 Leha ho le joalo, ba ne ba sa khone ho ikemela hobane Setefane a le bohlale a bile a thusoa ke moea o halalelang ho bua.+ 11 Ba hlohlelletsa batho ka lekunutu hore ba re: “Re utloile a rohaka Moshe le Molimo.” 12 Ba baka moferefere har’a sechaba, baholo le bangoli. Eaba kaofela baa mo khorohela, ba mo nka ka likhoka ba mo isa Lekhotleng le Phahameng la Bajuda.* 13 Ba tla le lipaki tsa bohata eaba li re: “Motho enoa o lula a bua hampe ka tempele le ka Molao. 14 Mohlala, re utloile a re Jesu oa Monazaretha o tla heletsa tempele a be a fetole melao eo Moshe a re fileng eona.”
15 Ha bohle ba neng ba lutse ka khotla ba sheba Setefane, ba bona sefahleho sa hae eka sa lengeloi.
7 Moprista ea phahameng a re ho Setefane: “Na litaba tsee ke ’nete?” 2 Setefane a re: “Bo-ntate, bana beso, ke kopa le ’mamele. Molimo ea hlomphehang o ile a hlaha ho moholo-holo oa rona Abrahama ha a ntse a le Mesopotamia pele a lula Harane,+ 3 a re ho eena: ‘Tloha naheng ea heno, ho ba leloko la hao, u ee naheng eo ke tla u bontša eona.’+ 4 A tloha naheng ea Bakalde a ea lula Harane. Ka mor’a hore ntate oa hae a shoe,+ Molimo a re a fallele naheng ena eo le lulang ho eona hona joale.+ 5 Ha a le moo, Molimo ha aa ka a mo fa lefa ho hang, leha e se e le sebakanyana sa hore a behe leoto. Empa a tšepisa ho fana ka naha eo e le lefa ho bana* ba hae+ le hoja a ne a e-s’o be le bana ka nako eo. 6 Molimo o ile a boela a mo bolella hore bana* ba hae e tla ba balichaba naheng eo e seng ea bona le hore batho ba tla ba etsa makhoba ’me ba ba hlorise ka lilemo tse 400.+ 7 Hape a re: ‘Ke tla ahlola sechaba seo bana ba hao e tla ba makhoba a sona.+ Ka mor’a moo, ba tla tloha naheng eo ebe ba ntšebeletsa sebakeng sena.’+
8 Molimo a boela a etsa selekane sa lebollo+ le Abrahama eaba Abrahama o tsoala Isaka+ ’me o mo bolotsa letsatsing la borobeli.+ Isaka a tsoala* Jakobo, Jakobo eena a tsoala lihlooho tsa malapa tse 12. 9 Lihlooho tsa malapa tsa monela Josefa+ eaba li mo rekisetsa Baegepeta.+ Empa Molimo o ne a e-na le eena,+ 10 a mo lopolla mahlomoleng ’ohle a hae, a mo fa bohlale a ba a etsa hore Faro morena oa Egepeta a mo rate. Faro a mo khetha hore a buse Egepeta le ntlo eohle ea hae.+ 11 Tlala ea e-ba teng hohle Kanana le Egepeta, ea baka mahlomola a maholo ’me baholo-holo ba rona ba hloka lijo.+ 12 Ha Jakobo a utloa hore lijo li teng Egepeta, a romela baholo-holo ba rona ka lekhetlo la pele.+ 13 Ha a ba roma ka lekhetlo la bobeli, Josefa a itsebisa bana babo ’me Faro a tseba lelapa la bo Josefa.+ 14 Josefa a romela molaetsa ho ntate oa hae Jakobo le beng ka eena kaofela hore ba tle,+ kaofela e ne e le batho ba 75.+ 15 Jakobo a fallela Egepeta+ a ba a shoella teng+ ’moho le baholo-holo ba rona.+ 16 Ba isoa Shikeme eaba ba pateloa lebitleng leo Abrahama a neng a le rekile ka chelete ea silevera ho bara ba Hamore ha a le Shikeme.+
17 Ha nako e atamela ea hore tšepiso eo Molimo a e boleletseng Abrahama e phethahale, Baiseraele ba eketseha Egepeta. 18 Eaba ho ba le morena e mocha Egepeta ea neng a sa tsebe Josefa.+ 19 O ile a etsetsa batho ba habo rona bolotsana, a ba tšoara hampe a ba a ba qobella ho lahla masea a bona e le hore a shoe.+ 20 Moshe a tsoaloa nakong eo ’me o ne a le motle haholo.* A holisetsoa lelapeng la ntate oa hae ka likhoeli tse tharo.+ 21 Batsoali ba hae ba ile ba qobelleha ho mo lahla+ eaba morali oa Faro oa mo nka o mo holisa e le mora oa hae.+ 22 Moshe o ile a fumana thuto ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa* Egepeta. E ne e le kheleke a bile a etsa mesebetsi e meholo.+
23 Ha a le lilemo li 40, a etsa qeto ea* ho etela* bana babo ba Baiseraele.+ 24 Ha a bona Moegepeta a tšoara e mong oa bana babo hampe, a mo loanela eaba o bolaea Moegepeta eo. 25 O ne a nahana hore bana babo ba tla nka hore Molimo o ba pholosa ka eena empa ha baa ka ba nahana joalo. 26 Ka le hlahlamang, a fumana ba bang ba bana babo ba ntse ba loana eaba o leka ho ba thusa hore ba bope khotso. A re ho bona: ‘Bana beso, le bana ba motho. Ke hobane’ng ha le loantšana?’ 27 Ea neng a le molato a sutumetsa Moshe eaba o re ho eena: ‘Ke mang ea u entseng morena le moahloli oa rona? 28 Na u batla ho mpolaea joalokaha u bolaile Moegepeta eloa maobane?’ 29 Ha Moshe a utloa a cho joalo, a baleha a ea lula Midiane. Ha a le moo, o ile a ba le bara ba babeli.+
30 Ka mor’a lilemo tse 40, lengeloi la hlaha ho eena lefeelleng la Thaba ea Sinai le le lelakabeng la mollo har’a sehlahla se meutloa.+ 31 Moshe a makatsoa ke ntho eo a e bonang. Eare ha a atamela a e’o shebisisa, a utloa lentsoe la Jehova* le re: 32 ‘Ke ’na Molimo oa baholo-holo ba hao, Molimo oa Abrahama, Isaka le Jakobo.’+ Moshe a thothomela ke letsoalo eaba ha a sa shebisisa ho ea pele. 33 Jehova* a re ho eena: ‘Rola lieta* tsa hao hobane sebaka seo u emeng ho sona sea halalela. 34 Ke bone kamoo batho ba ka ba hateletsoeng kateng Egepeta. Ke utloile sello sa bona+ ebile kea theoha ho ea ba pholosa. Tloo ke u rome Egepeta.’ 35 Moshe enoa eo ba ileng ba mo latola ba re: ‘Ke mang ea u entseng morena le moahloli oa rona?’+ ke eena eo Molimo a ileng a mo roma+ e le ’musi le molopolli ka lengeloi le ileng la hlaha ho eena sehlahleng se meutloa. 36 O ile a ba ntša Egepeta,+ a etsa mehlolo naheng eo+ le Leoatleng le Lefubelu+ le ha ba le lefeelleng ka lilemo tse 40.+
37 Moshe ke eena ea ileng a re ho Baiseraele: ‘Molimo o tla le khethela moprofeta ea tšoanang le ’na har’a bana ba bo lona.’+ 38 Ke eena ea neng a e-na le phutheho lefeelleng ha lengeloi+ le bua le eena+ hammoho le baholo-holo ba rona Thabeng ea Sinai. O ile a fuoa liphatlalatso tse halalelang le tse tšoarellang e le hore a re bolelle tsona.+ 39 Baholo-holo ba rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo qhelela ka thoko+ eaba lipelo tsa bona li khutlela Egepeta.+ 40 Ba re ho Arone: ‘Re etsetse melimo e tla re etella pele hobane ha re tsebe hore na ho etsahetse’ng ka Moshe enoa ea re eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta.’+ 41 Ba etsa setšoantšo sa namane, ba se etsetsa sehlabelo ’me ba ithabisa ka lebaka la namane eo ba e entseng.+ 42 Molimo a ba furalla ’me a ba tlohela hore ba rapele tsohle tse maholimong+ feela joalokaha ho ngoliloe bukeng ea Baprofeta ha e re: ‘Lona Baiseraele, ha le ne le etsa linyehelo le mahlabelo ka lilemo tse 40 tseo le li qetileng lefeelleng, le ne le sa etsetse ’na. 43 Le ile la jara tente ea Moloke+ le setšoantšo sa naleli ea molimo Refane e leng litšoantšo tseo le ileng la li etsa e le hore le li rapele. Kahoo, ke tla le isa ka nģ’ane ho Babilona le le batšoaruoa.’+
44 Molimo o ile a laela Moshe ho etsa tabernakele* ka tsela eo a neng a mo bontšitse ’me baholo-holo ba rona ba ne ba e-na le eona lefeelleng.+ 45 Baholo-holo ba rona ba ile ba e nka eaba ba tsamaea le Joshua ho ea naheng ea lichaba+ tseo Molimo a ileng a li leleka molemong oa baholo-holo ba rona.+ E lutse mona ho fihlela mehleng ea Davida. 46 Molimo oa Jakobo o ile a mo rata. Davida a kopa ho fuoa monyetla o ikhethang oa ho hahela Molimo ntlo.+ 47 Empa Solomone ke eena ea mo hahetseng ntlo.+ 48 Leha ho le joalo, Ea Phahameng ka ho Fetisisa ha a lule ka matlung a entsoeng ka matsoho+ joalokaha moprofeta a boletse a re: 49 ‘Jehova* o re: “Leholimo ke terone ea ka+ ’me lefatše ke setuloana sa maoto a ka.+ Le tla nkahela ntlo ea mofuta ofe kapa ke phomole hokae? 50 Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle.”’+
51 Lona banna ba manganga, ba lipelo li thata le ba sa utloisiseng, kamehla le hanyetsa moea o halalelang joaloka baholo-holo ba lona.+ 52 Ke moprofeta ofe eo baholo-holo ba lona ba sa mo hlorisang?+ Ba bolaile batho ba profetileng ho tla ha motho ea lokileng,+ eo lona le mo rekisitseng* le ho mo bolaea.+ 53 Molimo o le file Molao a sebelisa mangeloi+ empa ha lea o mamela.”
54 Ha ba utloa a cho joalo, ba tuka ke bohale* ’me ba batla ho mo ntša kotsi. 55 Setefane a tlala moea o halalelang eaba o sheba leholimong ’me o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona la Molimo.+ 56 A re: “Ke bona maholimo a bulehile le Mor’a motho+ a eme ka letsohong le letona la Molimo.”+ 57 Ha ba utloa mantsoe ao ba hoeletsa, ba ithiba litsebe eaba baa mo khorohela. 58 Ba mo lahlela ka ntle ho motse eaba ba mo tlepetsa ka majoe.+ Lipaki+ tse mo qositseng tsa beha liaparo tsa tsona tsa ka holimo maotong a mohlankana ea bitsoang Saule.+ 59 Ha ba ntse ba tlepetsa Setefane ka majoe, Setefane a re: “Morena Jesu, ke kopa u amohele bophelo* ba ka.” 60 Qetellong a khumama a hoeletsa a re: “Jehova,* u se ke oa ba balla sebe sena.”+ Ka mor’a hore a bue mantsoe ana a robala lefung.
8 Saule o ne a lumellana le hore Setefane a bolaoe.+
Ho tloha mohlang oo, phutheho e Jerusalema ea hlorisoa haholo. Barutuoa bohle ba hasana Judea le Samaria, ha sala baapostola feela.+ 2 Empa banna ba bang ba hlomphang Molimo ba nka setopo sa Setefane, ba se pata ’me ba mo llela haholo. 3 Saule eena a hlasela phutheho. O ne a kena ka ntlo le ntlo, a nka banna le basali ka likhoka ebe o ba isa teronkong.+
4 Barutuoa ba neng ba hasane ba tsamaea le metse ba ntse ba bolela litaba tse monate tsa lentsoe la Molimo.+ 5 Filipi a ea motseng oa Samaria+ eaba o bolella batho ka Kreste. 6 Batho bohle ba ne ba mo mamela ha a ruta ba bile ba bona ha a etsa mehlolo. 7 Batho ba bangata ba ne ba e-na le bademona. Bademona bao ba ne ba hoeletsa ebe baa tsoa.+ Le batho ba bang ba bangata ba shoeleng litho le ba holofetseng ba ne ba phekoloa. 8 Batho ba motse oo ba thaba haholo.
9 Ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Simone motseng oo ea neng a re eena ke motho oa bohlokoa. O ne a makatsa batho ba Samaria ka boselamose. 10 Batho bohle ho tloha ho e monyenyane ho ea ho e moholo, ba ne ba mo nkela hloohong ’me ba re: “Monna enoa o na le matla a maholo a Molimo.” 11 Ba ne ba mo nkela holimo hobane o ne a ba makalitse ka nako e telele ka boselamose. 12 Ha Filipi a ba bolella litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo le ka Jesu Kreste,+ banna le basali ba lumela litaba tsa hae eaba baa kolobetsoa.+ 13 Simone le eena ea e-ba morutuoa. Ka mor’a ho kolobetsoa o ne a lula a e-na le Filipi.+ O ne a tsota mehlolo le mesebetsi e meholo eo a bonang Filipi a e etsa.
14 Ha baapostola ba Jerusalema ba utloa hore Basamaria ba amohetse lentsoe la Molimo,+ ba romela Petrose le Johanne ho bona. 15 Petrose le Johanne ba ea eaba baa ba rapella hore ba fumane moea o halalelang.+ 16 Har’a bona, ho ne ho se na motho ea kileng a fuoa moea o halalelang. Ba ne ba kolobelitsoe ka lebitso la Morena Jesu feela.+ 17 Petrose le Johanne ba ba beha matsoho+ eaba ke hona ba fumanang moea o halalelang.
18 Simone a bona hore ha baapostola ba beha batho matsoho ba fumana moea o halalelang. Joale a ba tšepisa chelete 19 a re: “Le ’na mpheng matla ana e le hore motho e mong le e mong eo ke mo behang matsoho a ka fumana moea o halalelang.” 20 Petrose a re: “E se eka u ka timetsoa ’moho le silevera ea hao hobane u ne u nahana hore u ka reka mpho ea Molimo ea mahala.+ 21 Ha ho na moo u kenang tabeng ena hobane Molimo oa bona hore ha u tšepahale. 22 Bakela bolotsana bona ba hao, u rapele ka matla e le hore mohlomong Jehova* a ka u tšoarela. 23 Kea bona hore u chefo* ebile u lekhoba la lintho tse fosahetseng.” 24 Simone a re ho Petrose le Johanne: “Ke kopa lona le nthapelle ho Jehova* e le hore lintho tseo le li buileng li se ke tsa nketsahalla.”
25 Ka mor’a hore ba pake le ho bolela ka lentsoe la Jehova* hohle sebakeng seo, ba khutlela Jerusalema. Ha ba le tseleng, ba phatlalatsa litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo metseng e mengata ea Basamaria.+
26 Lengeloi la Jehova*+ la re ho Filipi: “Tsamaea u ee ka boroa tseleng e tlohang Jerusalema e theohelang Gaza.” Tsela ena e lehoatateng. 27 Kahoo a ea teng eaba o bona letona la Ethiopia. Monna eo o ne a le pusong ea mofumahali* oa Ethiopia, a hlokomela matlotlo ’ohle a mofumahali. O ne a tsoa Jerusalema a tsoa rapela.+ 28 O ne a se a le tseleng e khutlang a lutse ka kariking ea hae a bala buka ea moprofeta Esaia ka lentsoe le phahameng. 29 Molimo a bua le Filipi a sebelisa moea o halalelang a re: “E-ea kariking eo.” 30 Filipi a mathela kariking ’me a utloa letona le ntse le bala buka ea moprofeta Esaia ka lentsoe le phahameng eaba o re: “Na u utloisisa ntho eo u e balang?” 31 A re: “Nka utloisisa joang ho se na motho ea ntlhalosetsang?” Eaba o kopa Filipi hore a hloelle ’me a lule fatše le eena. 32 O ne a ntse a bala Lengolo le reng: “O ile a tlisoa joaloka nku e e’o hlajoa, joaloka konyana e khutsitseng ka pel’a mokuti. Ha ho letho leo a le buang.+ 33 O ile a amohuoa toka ha a ntse a tlotlolloa.+ Ke mang ea tla qaqisa litaba tsa moloko oa hae hobane bophelo ba hae bo ile ba tlosoa lefatšeng?”+
34 Letona la re ho Filipi: “Ke kopa u ntjoetse, moprofeta eo o bua ka mang? Na o bua ka eena kapa ka motho e mong?” 35 Filipi a qala pele ka ho hlalosa Lengolo lena eaba o mo bolella litaba tse monate tse buang ka Jesu. 36 Ha ba le tseleng, ba fihla moo ho nang le metsi. Letona la re: “Metsi ke ana. Nka thibeloa ke’ng hore ke kolobetsoe?” 37* —— 38 Letona la laela hore kariki e eme, Filipi a theohela ka metsing le letona ’me a le kolobetsa. 39 Ha ba qeta ho tsoa ka metsing, moea oa Jehova* oa tlosa Filipi moo hang-hang. Letona leo ha lea ka la hlola le mo bona empa la itsamaela le thabile. 40 Filipi a ea Ashdode, a tsamaea metse kaofela a ntse a bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo ho fihlela a fihla Sesarea.+
9 Saule a ’na a hlorisa barutuoa ba Morena+ a bile a batla ho ba bolaea. O ile a ea ho moprista ea phahameng 2 a kopa hore a mo fe mangolo a eang matlong a thapelo* a Damaseka, e le hore a ka tšoara mang kapa mang oa Tsela ea Morena+ a be a mo ise Jerusalema.
3 Ha a atamela Damaseka, khanya e tsoang leholimong ea mo potoloha ka ho panya ha leihlo.+ 4 A oela fatše eaba o utloa lentsoe le re ho eena: “Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng?” 5 Saule a re: “U mang Morena?” A re: “Ke ’na Jesu+ eo u mo hlorisang.+ 6 Ema u ee motseng, u tla bolelloa hore na u etse’ng.” 7 Banna ba tsamaeang le eena ba ne ba maketse hoo ba neng ba sitoa ho bua hobane ba ne ba utloa lentsoe empa ba sa bone mong’a lona.+ 8 Saule a phahama. Le hoja a ne a shebile, o ne a sa bone letho. Kahoo, ba mo tataisa ba mo tšoere ka matsoho ’me ba mo isa Damaseka. 9 O ile a qeta matsatsi a mararo a sa bone+ ’me nakong eo o ne a sa je ebile a sa noe.
10 Ho ne ho e-na le morutuoa ea bitsoang Ananiase+ motseng oa Damaseka. Morena a hlaha ho eena ponong a re: “Ananiase!” A re: “Ke ’na enoa Morena.” 11 Morena a re ho eena: “Tsamaea u ee Seterateng se Otlolohileng. Ha u fihla ntlong ea Judase, u batle monna ea bitsoang Saule ea tsoang Tarsase.+ Hona joale o ntse a rapela. 12 O ile a ba le pono ’me a bona uena Ananiase u tla ho eena u mo beha matsoho e le hore a ka boela a bona.”+ 13 Ananiase a re: “Morena, ke utloile batho ba bangata ba bua ka monna enoa le ka lintho tsohle tse mpe tseo a li entseng ho barutuoa* ba hao Jerusalema. 14 Hona joale, baprista ba baholo ba mo file matla a ho tšoara bohle ba tšepetseng* lebitsong la hao.”+ 15 Morena a re ho eena: “Tsamaea hobane ke khethile monna enoa*+ hore a tsebise lichaba,+ marena+ le Baiseraele lebitso la ka. 16 Ke tla mo hlakisetsa hore na ke lintho tse ngata tse bohloko hakae tse tla mo hlahela hobane e le morutuoa oa ka.”+
17 Ananiase a tsamaea, a kena ka tlung eo Saule a neng a le ho eona, a mo beha matsoho eaba o re: “Saule ngoan’eso, Morena Jesu ea hlahileng ho uena ha u le tseleng e tlang mona o itse ke tle ho uena e le hore u ka boela oa bona ’me oa tlala moea o halalelang.”+ 18 Ha a qeta ho cho joalo, lintho tse kang makhekhephu tsa tloha mahlong a Saule eaba oa bona. Ka mor’a moo a kolobetsoa, 19 a ja eaba o ba le matla hape.
A qeta matsatsi a itseng a e-na le barutuoa Damaseka.+ 20 Hang-hang feela a ea matlong a thapelo* ’me a bolella batho hore Jesu ke Mora oa Molimo. 21 Ha batho ba mo mametseng ba mo utloa, ba makala ba re: “Na monna eo ha se eena ea neng a hlasela barutuoa ba Jesu ba Jerusalema?+ Na o ne a sa tla moo ho tla ba tšoara a ba ise ho baprista ba baholo?”+ 22 Tsebo ea Saule ea ho ruta ea ’na ea ntlafala. O ne a hlola Bajuda ba lulang Damaseka ka litaba ha a ntse a paka ka ho hlaka hore Jesu ke Kreste.+
23 Ka mor’a nako e itseng, Bajuda ba rera ho mo bolaea.+ 24 Empa Saule a tseba ’momori ona. Bajuda ba ne ba kata likeiti bosiu le motšehare e le hore ba tle ba mo bolaee. 25 Kahoo, barutuoa ba hae ba mo ntša ka lesoba le lerakong bosiu, ba mo theolela fatše ba mo kentse ka basketeng.+
26 Ha a fihla Jerusalema,+ a leka ho kopana le barutuoa empa kaofela ba ne ba mo tšaba hobane ba sa lumele hore ke morutuoa. 27 Barnabase+ a mo thusa ka ho mo isa ho baapostola. A ba phetela hore Saule o bone Morena Jesu ha a le tseleng le hore Morena+ o buile le eena. A ba bolella hape le kamoo Saule a buileng ka sebete kateng ka lebitso la Jesu ha a le Damaseka.+ 28 Saule a lula le bona, a itsamaela ka bolokolohi Jerusalema, a bua ka sebete ka lebitso la Morena. 29 O ne a bua le Bajuda ba buang Segerike a bile a pheha khang le bona eaba ba leka ho mo bolaea.+ 30 Ha barutuoa ba bang ba utloa taba ena, ba mo isa Sesarea eare ha a le moo, ba mo romela Tarsase.+
31 Barutuoa bohle ba Judea, Galilea le Samaria+ ba e-ba le khotso ’me ba matlafala. Ha ba ntse ba tsamaea litseleng tsa Jehova* ebile ba khothatsoa ka moea o halalelang,+ ba ’na ba eketseha.
32 Ha Petrose a ntse a tsamaea libakeng tsena tsohle, a fihla le ho barutuoa* ba lulang Lyda.+ 33 Ha a fihla moo a fumana monna ea bitsoang Aenease. O ne a e-na le lilemo tse robeli a robetse betheng hobane a holofetse. 34 Petrose a re ho eena: “Aenease, Jesu Kreste oa u folisa.+ Tsoha u alole bethe ea hao.”+ A tsoha hang-hang. 35 Ha batho bohle ba lulang Lyda le Thoteng ea Sharone ba mo bona, ba lumela ho Morena.
36 Motseng oa Jopa ho ne ho e-na le morutuoa ea bitsoang Tabitha. Ha lebitso leo le fetoleloa le bolela “Dorkase.”* O ne a etsa mesebetsi e mengata e metle a bile a phallela bafutsana. 37 Ha Petrose a ntse a le Lyda, Dorkase a kula a ba a shoa. Barutuoa ba mo hlatsoa eaba ba mo beha ka kamoreng e ka holimo. 38 Kaha Lyda e ne e le haufi le Jopa, barutuoa ba utloa hore Petrose o ne a le Lyda eaba ba roma banna ba babeli ho eena hore ba re: “Re kopa u tle hona joale.” 39 Petrose a tsamaea le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e ka holimo. Bahlolohali bohle ba tla ho eena ba lla, ba mo bontša liaparo tse ngata tseo Dorkase a li rokileng ha a ntse a phela. 40 Petrose a re batho bohle ba tsoele ka ntle+ eaba oa khumama oa rapela. Ha a qeta a sheba ka ho mofu a re: “Tabitha, tsoha.” A bula mahlo, eare ha a bona Petrose, a tsoha.+ 41 Petrose a tšoara Tabitha ka letsoho, a mo phahamisa eaba o bitsa bahlolohali le barutuoa ba bang, a ba bontša hore Tabitha oa phela.+ 42 Taba ena ea tsejoa hohle Jopa ’me batho ba bangata ba lumela ho Morena.+ 43 Petrose a qeta matsatsi a mangatanyana a lula Jopa ha Simone ea suhang matlalo.+
10 Ho ne ho e-na le monna e mong ea bitsoang Korneliase motseng oa Sesarea. E ne e le molaoli oa sesole* lebothong le bitsoang sehlopha sa Mataliana.* 2 Monna enoa le ba lelapa la hae ba ne ba rapela Molimo ’me ba mo hlompha. O ne a phallela bafutsana ebile a lula a rapela Molimo ka matla. 3 Hoo e ka bang ka hora ea boraro+ motšehare oa mantsiboea,* a bona lengeloi la Molimo ka tsela e hlakileng ponong eaba le tla ho eena le re: “Korneliase!” 4 Korneliase a le tonela mahlo a tšohile a re: “Ke ’na enoa Morena.” Lengeloi la re: “Molimo o utloile lithapelo tsa hao ebile o bona lintho tseo u li etsetsang bafutsana. O lula a u hopola ka lebaka la lintho tsena.+ 5 Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ea rehiloeng Petrose. 6 Monna enoa ke moeti ha Simone ea suhang matlalo ea lulang pel’a leoatle.” 7 Hang ha lengeloi le buileng le eena le qeta ho tloha, Korneliase a bitsa lesole le mo sebeletsang le hlomphang Molimo, a bitsa le bahlanka ba bang ba hae ba babeli. 8 A ba phetela lintho tsohle tse etsahetseng eaba o ba roma Jopa.
9 Ka le hlahlamang ha ba ntse ba le leetong ba se ba le haufi le motse, Petrose a nyolohela ka holim’a ntlo hoo e ka bang ka 12 motšehare* ho ea rapela. 10 Ha a le moo, a lapa haholo eaba o batla ho ja. Ha ho ntse ho phehoa, a ba le pono+ 11 eaba o bona leholimo le bulehile ’me ha hlaha ntho* e kang lesela le leholo la line le theoleloa lefatšeng le tšoeroe ka lik’hona tsa lona tse ’nè. 12 Ka har’a lesela lena ho ne ho e-na le mefuta eohle ea liphoofolo tse maoto a mane, lihahabi le linonyana. 13 Ha hlaha lentsoe le reng: “Petrose, hlaba u je.” 14 Petrose a re: “Nke ke ka etsa joalo Morena hobane ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hloekang.”+ 15 Lentsoe leo la bua ka lekhetlo la bobeli la re: “Khaotsa ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng ha lia hloeka.” 16 Lentsoe leo la hlaha ka lekhetlo la boraro eaba lesela* leo le khutlisetsoa leholimong.
17 Ha Petrose a sa ntse a maketse a ipotsa hore na pono eo a e boneng e bolela’ng, banna ba ronngoeng ke Korneliase ba ema keiting ka mor’a ho botsa hore na ha Simone ke hokae.+ 18 Ba bitsa mong’a ntlo ’me ba mo botsa hore na Simone Petrose o chaketse ha hae. 19 Ha Petrose a ntse a nahana ka pono eo, moea oa Molimo+ oa re: “Ho na le banna ba bararo ba tlileng ho uena. 20 Theoha u tsamaee le bona. U se ke oa ba lesisitheho ho tsamaea le bona hobane ke ’na ea ba rommeng.” 21 Petrose a theoha a ea ho banna bao eaba o re: “Ke ’na motho eo le ntseng le mo batla. Nka le thusa joang?” 22 Ba re: “Re ronngoe ke molaoli oa sesole ea bitsoang Korneliase.+ Ke monna ea lokileng, ea hlomphang Molimo ea bileng a buuoang hantle ke Bajuda bohle. Molimo o ile a romela lengeloi ’me la laela Korneliase hore a u memele ha hae e le hore a utloe litaba tseo u tla li bua.” 23 A re ba kene ba robaletse.
Ka le hlahlamang a itokisa eaba o tsamaea le bona. Barutuoa ba bang ba Jopa ba tsamaea le eena. 24 Letsatsi ka mor’a moo, Petrose a fihla Sesarea. Kaha Korneliase o ne a ba lebeletse, o ne a bitsitse beng ka eena le metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo. 25 Ha Petrose a kena, Korneliase a mo khahlanyetsa, a khumama eaba oa mo inamela. 26 Empa Petrose a mo phahamisa eaba o re: “Ema, le ’na ke motho.”+ 27 Petrose a kena le eena ka tlung ba ntse ba bua eaba o fumana ho e-na le batho ba bangata ka moo. 28 A re ho bona: “Le tseba hantle hore molao ha o lumelle Bajuda ho kopana le batho ba merabe e meng kapa ho ba atamela.+ Empa Molimo o mpontšitse hore ha kea lokela ho re motho o silafetse.+ 29 Kahoo, ke tlile ke sa tsila-tsile ha ke bitsoa. Ke kopa le mpolelle hore na le mpitselitse’ng.”
30 Korneliase a re: “Matsatsi a mane a fetileng ka eona nako ena, ke ne ke ntse ke rapela ka tlung ea ka. E ne e le hora ea boraro motšehare oa mantsiboea.* Ka nako eo, ha hlaha monna ea liaparo li khanyang. A ema ka pel’a ka 31 eaba o re: ‘Korneliase, Molimo o utloile thapelo ea hao ebile o ntse a hopola lintho tseo u li etselitseng bafutsana. 32 Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ea rehiloeng Petrose. Monna enoa ke moeti ha Simone ea suhang matlalo ea lulang pel’a leoatle.’+ 33 Ke ile ka u romela molaetsa hang-hang. Kahoo, kea leboha ha u tlile. Ke rona bana, kaofela ha rona re eme ka pel’a Jehova* ho tla utloa lintho tsohle tseo a u laetseng hore u li bue.”
34 Petrose a re: “Joale ke utloisisa hantle hore Molimo ha a leeme*+ 35 empa o amohela motho oa sechaba sefe kapa sefe ea mo hlomphang le ea etsang lintho tse lokileng.+ 36 Molimo o ile a roma Jesu Kreste* ho Baiseraele hore a ba bolelle litaba tse monate tsa khotso+ hore Jesu ke eena Morena oa bohle.+ 37 Lea tseba hore ka mor’a hore Johanne a bolelle batho ka kolobetso, ho ile ha buuoa ka taba ena ho tloha Galilea+ ho ea tsoa libakeng tsohle tsa Judea: 38 Ke taba e mabapi le Jesu ea neng a tsoa Nazaretha. Molimo o ile a mo fa matla a ba a mo khetha ka moea o halalelang.+ O ne a tsamaea hohle libakeng tsena a etsa lintho tse ntle a bile a folisa bohle ba hateletsoeng ke Diabolose+ hobane Molimo o ne a e-na le eena.+ 39 Re lipaki tsa lintho tsohle tseo a ileng a li etsa naheng ea Bajuda ho akareletsa le Jerusalema. Empa ba ile ba mo bolaea ka ho mo fanyeha palong.* 40 Molimo o ile a mo tsosa ka letsatsi la boraro+ ’me a etsa hore a bonahale ho batho. 41 Ha aa ka a etsa hore a bonoe ke batho bohle empa o ile a bonoa ke batho bao Molimo a ileng a ba khetha esale pele hore e tle e be lipaki e leng rona ba ileng ba ja le ho noa le eena ka mor’a hore a tsohe bafung.+ 42 Hape o ile a re laela hore re bolelle batho le ho fana ka bopaki bo hlakileng+ ba hore enoa ke eena ea khethiloeng ke Molimo hore e be moahloli oa ba phelang le oa bafu.+ 43 Baprofeta bohle baa paka+ hore e mong le e mong ea lumelang ho eena o tla tšoareloa libe ka lebitso la hae.”+
44 Ha Petrose a ntse a bua, moea o halalelang oa theohela holim’a bohle ba utloang lentsoe.+ 45 Barutuoa ba bolotseng ba neng ba tlile le Petrose ba makala hobane batho ba lichaba le bona ba ne ba fuoa mpho ea moea o halalelang. 46 Ba ile ba ba utloa ba bua lipuo tse ling* ’me ba tlotlisa Molimo.+ Petrose a re: 47 “Batho bana ba fumane moea o halalelang joaloka rona. Joale ke mang ea ka ba hanelang hore ba kolobetsoe?”+ 48 A laela hore ba kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.+ Ba mo kopa hore a qete nako e teletsana a lula le bona.
11 Baapostola le bana ba bo rona ba neng ba le Judea ba utloa hore batho ba lichaba tse ling le bona ba amohetse lentsoe la Molimo. 2 Ha Petrose a fihla Jerusalema, batho ba tšehetsang lebollo+ ba mo nyatsa* 3 ba re: “U kene ka tlung ea batho ba sa bollang oa ba oa ja le bona.” 4 Petrose a ba hlalosetsa litaba kaofela a re:
5 “Ke ne ke le motseng oa Jopa ke ntse ke rapela eaba ke ba le pono. Ka bona ntho* e kang lesela le leholo la line le theoha leholimong le tla ho ’na le tšoeroe ka lik’hona tsa lona tse ’nè.+ 6 Ha ke le shebisisa, ka bona le e-na le liphoofolo tse maoto a mane, libata, lihahabi le linonyana. 7 Ka utloa lentsoe le re ho ’na: ‘Petrose, hlaba u je.’ 8 Empa ka re: ‘Nke ke ka etsa joalo Morena hobane ha ho mohla nkileng ka ja ntho e sa hloekang.’ 9 Lentsoe leo la bua ka lekhetlo la bobeli la re: ‘Khaotsa ho re lintho tseo Molimo a li hloekisitseng ha lia hloeka.’ 10 Lentsoe leo la hlaha ka lekhetlo la boraro eaba lintho tseo tsohle li khutlisetsoa leholimong. 11 Ka eona nako eo, banna ba bararo ba ronngoeng ho ’na ba tsoa Sesarea ba ne ba qeta ho fihla ntlong eo re lulang ho eona.+ 12 Moea oa Molimo oa re ke se ke ka ba lesisitheho ho tsamaea le bona. Bana bana beso ba tšeletseng ba tsamaea le ’na eaba re kena ka tlung ea Korneliase.
13 A re bolella hore o ile a bona lengeloi le ema ka tlung ea hae ’me le re ho eena: ‘Roma banna Jopa hore ba bitse Simone ea rehiloeng Petrose.+ 14 O tla u bolella hore na uena le ba lelapa la hao le lokela ho etsa’ng e le hore le pholohe.’ 15 Eitse ha ke ntse ke bua, moea o halalelang oa theohela holim’a bona feela joalokaha o ile oa theohela holim’a rona qalong.+ 16 Eaba ke hopola mantsoe a Morena hobane o ne a ee a re: ‘Johanne o ne a kolobetsa ka metsi+ empa lona le tla kolobetsoa ka moea o halalelang.’+ 17 Joale haeba Molimo o ba file mpho e tšoanang hantle le eo a e fileng rona ba lumetseng ho Morena Jesu Kreste, ’na ke ne ke boetse ke le mang hore ke sitise* Molimo?”+
18 Ha ba utloa lintho tsena, ba khaotsa ho mo phehisa khang* eaba ba tlotlisa Molimo ba re: “Rea hlakeloa joale hore Molimo o file le batho ba lichaba monyetla oa ho baka e le hore ba fumane bophelo.”+
19 Barutuoa ba neng ba hasane+ ka lebaka la mahloriso a qalileng ka mor’a lefu la Setefane, ba ile ba hasana ho ea fihla Foenisia, Saeprase le Antioke empa ba ne ba bua le Bajuda feela ka lentsoe la Molimo.+ 20 Leha ho le joalo, har’a bona ho ne ho e-na le bana ba bo rona ba Saeprase le Saerene ba ileng ba tla Antioke ’me ba bua le batho ba buang Segerike, ba ba bolella litaba tse monate ka Morena Jesu. 21 Jehova* o ne a ba tšehelitse ’me batho ba bangata ba ile ba lumela ho Morena.+
22 Ha litaba tseo li fihla litsebeng tsa barutuoa ba Jerusalema, ba roma Barnabase+ ho ea Antioke. 23 Ha a fihla, a bona kamoo Molimo a bileng mosa* kateng eaba o ba khothaletsa hore ba lule ba tšepahalla Morena ka lipelo tsohle tsa bona.+ 24 Barnabase e ne e le monna ea lokileng, a e-na le tumelo a bile a tletse moea o halalelang. Ka lebaka leo batho ba bangata ba lumela ho Morena.+ 25 Barnabase a ea Tarsase ho ea batlana le Saule ho fihlela a mo fumana.+ 26 Ka mor’a hore a mo fumane, a ea le eena Antioke. Ba qeta selemo ba e-na le phutheho ea moo ’me ba ruta batho ba bangata. Antioke ke teng moo ka lekhetlo la pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste ka tataiso ea Molimo.+
27 Ka nako eo baprofeta+ ba bang ba tloha Jerusalema ba ea Antioke. 28 E mong oa bona ea bitsoang Agabase+ a profeta a susumetsoa ke moea o halalelang hore ho ne ho tla ba le tlala e kholo lefatšeng lohle.+ Ho ile ha fela ha e-ba joalo nakong ea puso ea Claudiase. 29 Barutuoa ba lumellana hore ba romele liphallelo+ ho barutuoa ba Judea ho ea kamoo e mong le e mong a ka khonang.+ 30 Ba fela ba etsa joalo. Ba roma Barnabase le Saule hore ba ise liphallelo ho banna ba baholo.+
12 Ka nako eo, Morena Heroda a sotla batho ba bang ka phuthehong.+ 2 A bolaea Jakobo ngoan’abo Johanne+ ka sabole.+ 3 Ha a bona hore Bajuda ba thabetse ntho eo a e entseng, a tšoara Petrose. (O entse joalo nakong ea Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.)+ 4 A mo kenya teronkong+ eaba o beha lihlopha tse ’nè tsa masole hore li chenchane ka ho mo lebela. Sehlopha ka seng se ne se e-na le masole a mane. O ne a rerile ho mo qosa ka pel’a batho ka mor’a Paseka. 5 Kahoo, Petrose a ’na a lula teronkong empa phutheho e ne e ntse e mo rapella ka matla ho Molimo.+
6 Bosiung ba pele Petrose a qosoa ke Heroda, Petrose o ne a robetse a tlanngoe ka liketane tse peli lipakeng tsa masole a mabeli ’me masole a mang a ne a lebetse monyako oa teronko. 7 Lengeloi la Jehova* la hlaha+ ’me ha e-ba le khanya ka seleng. La sisinya Petrose lehlakoreng ho mo tsosa la re: “Tsoha kapele.” Liketane tse matsohong a hae tsa oa.+ 8 Lengeloi la re ho eena: “Apara u be u roale lieta.”* A etsa joalo. Eaba le re ho eena: “Apara seaparo sa hao sa ka holimo ebe u ntšala morao.” 9 A tsoa a le setse morao empa o ne a sa tsebe hore lintho tseo lengeloi le li entseng ke tsa sebele. O ne a nahana hore ntho e etsahalang ke pono. 10 Ba feta sehlopha sa pele le sa bobeli sa masole eaba ba fihla keiting ea tšepe e tsoelang motseng. Keiti eo ea ipula. Ha ba qeta ho tsoa ba theosa ka seterata se seng eaba hang-hang lengeloi le tloha ho eena. 11 Ha Petrose a elelloa hore na ho etsahetse’ng a re: “Kea hlokomela joale hore Jehova* o ile a romela lengeloi la hae ’me a ntopolla matsohong a Heroda le ho tsohle tseo Bajuda ba neng ba lebeletse hore li etsahale.”+
12 Ka mor’a hore a elelloe hore na ho etsahetse’ng, a ea ha Maria ’mè oa Johanne ea neng a rehiloe Mareka.+ Batho ba bangata ba ne ba le moo ba ntse ba rapela. 13 Ha a kokota a le keiting, ngoanana oa mosebeletsi ea bitsoang Roda a tla ho eena. 14 Ha a utloa hore ke lentsoe la Petrose, ho e-na le hore a bule keiti, a mathela ka tlung ho ea bolella ba bang hore Petrose o eme keiting. 15 Ba re ho eena: “Oa hlanya.” Empa ngoanana eo oa mosebeletsi a ’na a tiisa hore e fela e le Petrose. Ba re: “E tlameha e le lengeloi la hae.” 16 Petrose eena o ne a ntse a eme keiting a kokota. Ha ba bula ’me ba mo bona, ba makala. 17 A ba bontša ka letsoho hore ba thole. Ka mor’a moo, a ba phetela kamoo Jehova* a ileng a mo ntša teronkong kateng. Qetellong a re: “Bolellang Jakobo+ le banna ba bang litaba tsena.” Eaba oa tsamaea o ea sebakeng se seng.
18 Ha bosiu bo e-sa, ha e-ba le pherekano e kholo har’a masole hobane a ne a ipotsa hore na Petrose o nyameletse kae. 19 Heroda a mo batla hohle, eare ha a sa mo fumane, a hloma masole ao lipotso eaba o laela hore a fuoe kotlo.+ Ka mor’a moo, Heroda a tloha Judea a ea Sesarea ’me a lula moo ka nakoana.
20 Heroda o ne a halefetse* batho ba Tire le Sidone. Kaha naha ea bona e ne e fumana lijo ho tsoa naheng ea morena Heroda, ba lumellana ho ea ho eena eaba ba kopa Blastase hore a ba thuse ho bopa khotso le morena. Blastase o ne a okametse ntlo ea morena.* 21 Ka letsatsi le leng le khethehileng, Heroda a apara liaparo tsa hae tsa borena eaba o lula setulong sa kahlolo o bua le sechaba. 22 Eaba sechaba se bokaneng sea hoeletsa se re: “Ke lentsoe la molimo eseng la motho!” 23 Hang-hang lengeloi la Jehova* la mo otla hobane ha aa ka a tlotlisa Molimo. A jeoa ke liboko eaba oa shoa.
24 Lentsoe la Jehova* la ’na la tsebahala ’me batho ba bangata ea e-ba balumeli.+
25 Ka mor’a hore Barnabase+ le Saule ba phethe mosebetsi oa bona oa ho isa liphallelo Jerusalema,+ ba khutla le Johanne+ ea neng a bitsoa Mareka.
13 Phuthehong e Antioke ho ne ho e-na le baprofeta le mesuoe ena:+ Barnabase, Simeone ea neng a bitsoa Nigere, Lusiase oa Saerene, Saule le Manaene ea keneng sekolo le Heroda ’musi oa setereke. 2 Ha ba ntse ba sebeletsa Jehova* ba bile ba itima lijo, moea o halalelang oa re: “Nkhetheleng Barnabase le Saule+ e le hore ba ka etsa mosebetsi oo ke ba bitselitseng oona.”+ 3 Ka mor’a ho itima lijo le ho rapela, ba beha Saule le Barnabase matsoho eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.
4 Kahoo, banna bana ba rometsoeng ke moea o halalelang ba ea Seleusia. Ha ba tloha moo, ba ea sehlekehlekeng sa Saeprase ka sekepe. 5 Ha ba fihla moo motseng oa Salamise, ba phatlalatsa lentsoe la Molimo ka matlung a Bajuda a thapelo.* Johanne o ne a tsamaea le bona a ba thusa.+
6 Ha ba se ba tsamaile sehlekehleke seo kaofela ho ea fihla Pafose, ba kopana le monna oa Mojuda ea bitsoang Bare-Jesu. Monna eo e ne e le moloi ebile e le moprofeta oa bohata. 7 O ne a sebeletsa ’musi oa setereke* ea bohlale ea bitsoang Sergiase Pauluse. Sergiase Pauluse a bitsa Barnabase le Saule hobane a labalabela ho utloa lentsoe la Molimo. 8 Elimase (e bolelang moloi) a ba hanyetsa, a leka ho khelosa ’musi Sergiase Pauluse tumelong. 9 Saule, eo hape a bitsoang Pauluse, a tlala moea o halalelang eaba o tonela Bare-Jesu mahlo 10 o re: “Uena ngoan’a Diabolose,+ u motho ea khopo ebile u molotsana ea feteletseng. U sera sa lintho tsohle tse lokileng. Hantle-ntle u tla khaotsa neng ho sotha litsela tsa Jehova* tse lokileng? 11 Joale bona he! Jehova* o tl’o u otla u foufale ’me u ke ke oa bona khanya ea letsatsi ka nakoana.” Hang-hang a bona ka mahlong ho e-ba moholi o teteaneng ho ba ho fifala eaba o pota-pota a ntse a batla motho ea ka mo tšoarang ka letsoho ho mo tataisa. 12 ’Musi oa setereke a bona lintho tsena tse etsahetseng eaba e e-ba molateli oa Jesu kaha o ne a hloletsoe ke lintho tseo a ithutileng tsona ka Jehova.*
13 Pauluse le batho ba nang le eena ba tloha Pafose ka sekepe ba ea Perga e Pamfilia. Johanne+ eena a ba siea a khutlela Jerusalema.+ 14 Bona ba tloha Perga ba ea Antioke e Pisidia. Ka Sabatha ba ea ntlong ea thapelo*+ eaba ba lula fatše. 15 Ka mor’a hore batho ba balloe Molao+ le libuka tsa Baprofeta, balaoli ba okamelang ntlo ea thapelo ba re ho Pauluse le Barnabase: “Bana beso, haeba ho e-na le mantsoe ao le ka khothatsang batho bana ka ’ona, a bueng.” 16 Pauluse a ema, a ba bontša ka letsoho hore ba thole eaba o re:
“Baiseraele le lona bohle ba hlomphang Molimo, mamelang. 17 Molimo oa sechaba sena sa Iseraele o ile a khetha baholo-holo ba rona, a ba etsa sechaba se matla ha e ntse e le bajaki naheng ea Egepeta eaba o ba ntša teng ka letsoho la hae le matla.+ 18 O ile a ba mamella ka lilemo tse ka bang 40 ha ba le lefeelleng.+ 19 Ka mor’a ho felisa lichaba tse supileng naheng ea Kanana, a fa baholo-holo ba rona naha eo e le lefa.+ 20 Lintho tsena li etsahetse nakong ea lilemo tse ka bang 450.
Ka mor’a moo, a ba fa baahloli ho fihlela mehleng ea moprofeta Samuele.+ 21 Empa ka mor’a moo ba batla morena+ eaba Molimo o ba fa Saule mora oa Kishe oa leloko la Benjamine+ hore a ba buse. Saule a busa ka lilemo tse 40. 22 Ka mor’a ho mo tlosa, a khetha Davida hore e be morena oa bona.+ Molimo o ile a re ka eena: ‘Ke fumane Davida mora oa Jese,+ monna ea nkhahlisang.+ O tla etsa lintho tsohle tseo ke li ratang.’ 23 Molimo o ile a ba hlahisetsa Jesu e le mopholosi ho tsoa litloholong* tsa hae joalokaha a ne a tšepisitse.+ 24 Pele Jesu a fihla, Johanne o ile a bolella Baiseraele bohle phatlalatsa hore ba kolobetsoe e le ho bontša hore ba bakile.+ 25 Ha Johanne a se a ntse a tl’o qeta tšebeletso ea hae, o ne a atisa ho re: ‘Ha ke motho eo le nahanang hore ke eena. Ho na le ea tlang ka mor’a ka eo ke sa tšoaneleheng ho mo rolisa lieta.’*+
26 Bana beso, lona litloholo tsa Abrahama le lona ba bang bohle ba hlomphang Molimo, Molimo o ile a re romella molaetsa ona oa hore na o tl’o re pholosa joang.+ 27 Baahi ba Jerusalema le babusi ba bona ha baa ka ba amohela Jesu. Ha ba mo ahlola, ba ile ba phethahatsa lintho tse ngotsoeng libukeng tsa Baprofeta+ e leng tsona tse baloang phatlalatsa ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe. 28 Le hoja ba sa ka ba fumana lebaka la hore a bolaoe,+ ba ile ba re Pilato a mo bolaee.+ 29 Ha ba phethile lintho tsohle tse ngotsoeng ka eena, ba mo theola palong* eaba ba mo kenya ka lebitleng.*+ 30 Molimo o ile a mo tsosa bafung.+ 31 Ka matsatsi a mangata, o ile a hlaha ho batho ba tlohileng Galilea le eena ho ea Jerusalema. Hona joale batho bao baa mo pakela lichabeng.+
32 Re le bolella litaba tse monate ka tšepiso eo Molimo a e etselitseng baholo-holo ba rona. 33 Molimo o phethahalitse tšepiso eo molemong oa rona bana ba bona ka hore a tsose Jesu+ joalokaha pesaleme ea bobeli e re ka eena: ‘U mora oa ka, ho tloha kajeno ke ntate oa hao.’+ 34 Molimo o ile a mo tsosa a se a ke ke a khutlela ’meleng o ka bolang. A tiisa hore taba ena ke ’nete ha a re: ‘Ke tla le fa lerato la sebele* leo ke le tšepisitseng Davida. Tšepiso ena e tla phethahala.’*+ 35 Pesaleme e ’ngoe e re: ‘U ke ke oa lumella motho ea u tšepahallang hore a bolle lebitleng.’+ 36 Davida o ile a sebeletsa Molimo* ha a sa ntse a phela. O ile a shoa a ba a patoa le baholo-holo ba hae empa o ile a bola.+ 37 Motho eo Molimo a mo tsositseng eena ha aa ka a bola.+
38 Bana beso, rea le tsebisa hore ka eena le ka tšoareloa libe.+ 39 Hape ka eena, Molimo a ka fumana bohle ba nang le tumelo ba se molato.+ Empa Molao oa Moshe oona o ke ke oa hlakola molato.+ 40 Joale itlhokomeleng hore ntho ena e boletsoeng libukeng tsa Baprofeta e se ke ea le etsahalla: 41 ‘Lona ba ratang ho nyefola, le tla bona mesebetsi eo ke e etsang mehleng ea lona le be le makale empa le tla timela. Le ke ke la kholoa hore ke ntse ke etsa mesebetsi ena leha motho e mong a ka le phetela eona ka ho hlaka.’”+
42 Ha ba se ba tsamaea, batho ba ba kopa hore ba tle ba bue ka litaba tsena ka Sabatha e latelang. 43 Ka mor’a hore phutheho ea ntlo ea thapelo* e qhalane, batho ba bangata ba Bajuda ba tsamaea le Pauluse le Barnabase ba e-na le basokolohi ba sebeletsang Molimo. Pauluse le Barnabase ba ba khothaletsa hore ba lule ba etsa lintho tse tla etsa hore Molimo a lule a ba rata.+
44 Ka Sabatha e hlahlamang, hoo e batlang e le motse oohle oa bokana ho tla utloa lentsoe la Jehova.* 45 Ha Bajuda ba bona sechabahali seo, ba tlala mona eaba ba hanyetsa lintho tseo Pauluse a ntseng a li bua ’me ba mo nyefola.+ 46 Pauluse le Barnabase ba bua ka sebete ba re: “Ke lona ba pele ba ho bolelloa lentsoe la Molimo ’me ho ne ho lokela ho ba joalo.+ Kaha le le qhelela thoko, le bontša hantle hore ha le tšoaneloe ke bophelo bo sa feleng. Kahoo, re tla phatlalatsa litaba tsena ho batho ba lichaba tse ling.+ 47 Jehova* o re laetse tjena: ‘Ke le khethile hore le be leseli la lichaba e le hore le ka ba poloko ho ea fihla likhutlong tsa lefatše.’”+
48 Ha batho ba lichaba ba utloa litaba tsena, ba thaba le ho tlotlisa lentsoe la Jehova.* Batho bohle bao lipelo tsa bona li neng li ba susumetsa hore ba amohele lentsoe le fanang ka bophelo bo sa feleng ea e-ba balumeli. 49 Lentsoe la Jehova* la phatlalatsoa naheng eo eohle. 50 Bajuda ba hlohlelletsa basali ba balumeli ba tummeng hammoho le banna ba hlaheletseng ba motse. Ba tsosetsa Pauluse le Barnabase mahloriso+ eaba ba ba ntšetsa ka ntle ho meeli ea bona. 51 Pauluse le Barnabase ba hlohlora lerole maotong a bona* eaba ba ea Ikoniamo.+ 52 Barutuoa ba ’na ba tlala moea o halalelang le lipelo tsa bona tsa tlala thabo.+
14 Ha ba le Ikoniamo ba kena ka tlung ea Bajuda ea thapelo* ’me ba ruta hantle hoo batho ba bangata ba Bajuda le Bagerike e ileng ea e-ba barutuoa. 2 Empa Bajuda ba sa lumelang ba hlohlelletsa batho ba lichaba hore ba hloee Pauluse le Barnabase.*+ 3 Ba qeta nako e telele ba bua ka sebete hobane Jehova* a ba file matla. O ile a ba sebelisa ho etsa mehlolo e le ho paka hore molaetsa oo ba o hasang ke ’nete e leng molaetsa o mabapi le mosa* oa hae.+ 4 Leha ho le joalo, batho ba motse ba ile ba fapana ka maikutlo. Ba bang ba lumellana le Bajuda, ba bang ba lumellana le Pauluse le Barnabase. 5 Batho ba lichaba hammoho le Bajuda le babusi ba bona ba leka ho tlotlolla Pauluse le Barnabase le ho ba tlepetsa ka majoe.+ 6 Ha Pauluse le Barnabase ba tseba taba ena, ba balehela metseng ea Likaonia, Listra, Derbe le metseng e haufi.+ 7 Ba tsoela pele ho bolela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo moo.
8 Motseng oa Listra monna e mong ea holofetseng maoto o ne a lutse fatše. O ne a hlahile a holofetse, ho se mohla a kileng a tsamaea. 9 Monna enoa o ne a mametse ha Pauluse a ntse a bua. Ha Pauluse a mo sheba ’me a bona hore o na le tumelo ea hore a ka folisoa,+ 10 a phahamisa lentsoe a re: “Ema!” Monna eo a raoha eaba o se a khona ho tsamaea.+ 11 Ha batho ba bona ntho eo Pauluse a e entseng, ba hoeletsa ka puo ea Selikaonia ba re: “Melimo e iphetotse batho ebile e tlile ho rona!”+ 12 Ba bitsa Barnabase Zeuse, Pauluse ba mo bitsa Hermese kaha ke eena ea neng a li hula pele ka ho bua. 13 Moprista oa Zeuse eo tempele ea hae e neng e le haufi le keiti ea motse, a tlisa lipoho le likorone keiting ’me a batla ho etsa mahlabelo a e-na le batho bao.
14 Ha moapostola Pauluse le moapostola Barnabase ba utloa taba ena, ba tabola liaparo tsa bona, ba mathela bathong eaba baa hoeletsa ba re: 15 “Ke hobane’ng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tšoanang le ea lona.+ Re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo e le hore le tlohele lintho tsena tse se nang thuso le tle ho Molimo ea phelang, ea entseng leholimo, lefatše, leoatle le lintho tsohle tse ho tsona.+ 16 Nakong e fetileng o ile a lumella lichaba tsohle ho etsa lintho tseo li li batlang.+ 17 Empa o ile a ipaka+ hore na ke Molimo ea joang ka ho etsa lintho tse ntle, a le fa lipula le chai ka nako ea tsona,+ a le fa lijo hore le je ho fihlela le khotsofetse a ba a etsa hore le thabe.”+ 18 Le ka mor’a hore ba cho joalo, ba ile ba sokola haholo ho thiba batho bao hore ba se ke ba ba etsetsa sehlabelo.
19 Empa Bajuda ba tsoang Antioke le Ikoniamo ba fihla ’me ba hlohlelletsa batho+ hore ba hlasele Pauluse. Eaba batho ba tlepetsa Pauluse ka majoe, ba mo hulela ka ntle ho motse ba nahana hore o shoele.+ 20 Ha barutuoa ba fihla ho eena, a tsoha eaba o ea motseng. Ka le hlahlamang a ea motseng oa Derbe le Barnabase.+ 21 Ka mor’a hore ba bolelle batho ba motse oo litaba tse monate tse tsoang ho Molimo le ho thusa batho ba bangata hore e be barutuoa, ba khutlela Listra, Ikoniamo le Antioke. 22 Ha ba le moo ba matlafatsa barutuoa,+ ba ba khothaletsa ho lula ba tiile tumelong ’me ba re: “Re tla hlaheloa ke mathata a mangata pele re kena ’Musong oa Molimo.”+ 23 Ba ba khethela baholo liphuthehong tsohle.+ Ba rapela le ho itima lijo+ eaba ba siea baholo bao matsohong a Jehova* eo ba neng ba se ba lumetse ho eena.
24 Ba feta le Pisidia eaba ba kena Pamfilia.+ 25 Ha ba qeta ho hasa lentsoe Perga, ba ea Atalia. 26 Ha ba tloha moo ba ea Antioke ka sekepe. Mona ke moo ba neng ba ile ba behoa matsohong a Molimo e le hore ba ka hlohonolofatsoa* bakeng sa mosebetsi oo joale ba neng ba se ba o qetile.+
27 Ha ba fihla Antioke ba bokella phutheho ’me ba bolella barutuoa lintho tse ngata tseo Molimo a neng a ba sebelisitse ho li etsa le hore Molimo o buletse batho ba lichaba monyako e le hore le bona ba ka lumela.+ 28 Kahoo ba qeta nako e telele le barutuoa.
15 Barutuoa ba bang ba tsoang Judea ba ne ba ruta barutuoa ba Antioke ba re: “Haeba le sa latele Molao oa Moshe ka hore le bolle,+ le ke ke la pholoha.” 2 Pauluse le Barnabase ba ngangisana le bona empa hamorao ha etsoa qeto ea hore Pauluse, Barnabase le barutuoa ba bang ba ise taba ena ho baapostola le baholo Jerusalema.+
3 Barutuoa ba ba felehetsa eaba ba ba khutlela tseleng. Pauluse, Barnabase le batho ba nang le bona ba tsoela pele ka leeto ’me ba feta Foenisia le Samaria. Ba ne ba phetela barutuoa kamoo batho ba lichaba tse ling ba sokolohang kateng. Ha barutuoa ba utloa litaba tsena ba thaba haholo. 4 Ha ba fihla Jerusalema ba amoheloa ka mosa ke phutheho, baapostola le baholo. Ba ba phetela lintho tse ngata tseo Molimo a ileng a ba thusa ho li etsa. 5 Empa ba bang ba lequloana la Bafarisi bao e neng e se e le barutuoa ba ema eaba ba re: “Ba lokela ho bolla ’me ba mamele Molao oa Moshe.”+
6 Baapostola le baholo ba kopana e le ho seka-seka taba ena. 7 Ba buisana* ka taba ena empa ba ne ba sa lumellane. Kahoo, Petrose a ema eaba o re ho bona: “Bana beso, lea tseba hore e se e le nako Molimo a nkhethile har’a lona hore ke bolelle batho ba lichaba litaba tse monate tsa ’Muso oa hae e le hore ba lumele.+ 8 Molimo o tseba lipelo+ ’me o pakile hore oa ba amohela ka ho ba fa moea o halalelang+ joalokaha le rona a re file oona. 9 Ha aa ka a khetholla pakeng tsa rona le bona+ empa o ile a ba hloekisa lipelo ka lebaka la tumelo ea bona.+ 10 Joale ke hobane’ng ha le leka Molimo ka ho jarisa barutuoa joko+ eo rona le baholo-holo ba rona re sitiloeng ho e jara?+ 11 Hona joale re na le tumelo e tšoanang le ea bona ea hore re tla pholoha ka mosa* oa Morena Jesu.”+
12 Ha batho bohle ba utloa litaba tsena ba thola. Joale ba mamela Barnabase le Pauluse ha ba ba phetela ka mehlolo e mengata eo Molimo a ileng a ba sebelisa hore ba e etse har’a batho ba lichaba. 13 Ha ba qeta ho bua, Jakobo a re: “Bana beso ’mameleng. 14 Simeone*+ o sa tsoa re phetela kamoo ka lekhetlo la pele Molimo a ileng a amohela batho ba lichaba tse ling e le hore ba ka bitsoa ka lebitso la hae.+ 15 Libuka tsa Baprofeta li lumellana le taba ena ha li re: 16 ‘Ka mor’a moo ke tla khutla ke phahamise ntlo* ea Davida e oeleng. Ke tla e haha bocha 17 e le hore batho ba setseng ba ka sebeletsa ’na Jehova,* ba ntšebeletsa le batho ba lichaba tsohle ba bitsoang ka lebitso la ka. Ke ’na Jehova* ea buang lintho tsena. Ke ’na ea etsang lintho tsena.+ 18 Ke khale ke entse qeto ea ho li etsa.’+ 19 Kahoo maikutlo* a ka ke hore re se ke ra khathatsa batho bana ba lichaba ba seng ba rapela Molimo+ 20 empa ba ngolloe hore ba qobe lintho tse amanang le melimo ea litšoantšo,+ boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ liphoofolo tse fenethiloeng* le mali.+ 21 Ho tloha mehleng ea khale, esale ho e-na le batho ba rutang ba sebelisa libuka tsa Moshe motseng o mong le o mong hobane batho ba li balloa matlong a thapelo* ka Sabatha e ’ngoe le e ’ngoe.”+
22 Kahoo baapostola, baholo le phutheho eohle ba etsa qeto ea hore ho khethoe banna ba babeli har’a bona ba ka tsamaeang le Pauluse le Barnabase ho ea Antioke. Ba khetha Silase+ le Judase ea bitsoang Barsabase. Banna bana ba ne ba le har’a ba etellang pele. 23 Ba ba fa lengolo le reng:
“Rona baapostola le baholo, rea le lumelisa bana ba bo rona ba Antioke,+ Siria le Silisia ba tsoang lichabeng. 24 Re utloile hore ho na le batho ba bang ba tsoang mona ba le baketseng likhathatso ka lintho tseo ba li buileng+ ’me ba lekile ho le khelosa empa re ne re sa ba roma. 25 Re lumellane ka hore re khethe banna ba tla tla ho lona ba e-na le Barnabase le Pauluse bao re ba ratang. 26 Barnabase le Pauluse ba behile bophelo ba bona kotsing ka lebaka la lebitso la Morena oa rona Jesu Kreste.+ 27 Ka hona, re roma Judase le Silase e le hore le bona ba ka le phetela lintho tse ngotsoeng lengolong lena.+ 28 Moea o halalelang+ o re thusitse ho fihlela qeto ea hore re se ke ra le ekeletsa moroalo empa hore le ’ne le etse lintho tsena tse hlokahalang: 29 Le qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo,+ mali,+ lintho tse fenethiloeng*+ le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Haeba le qoba lintho tsena le tla atleha. Salang ka khotso.”*
30 Banna bao ba tloha ba ea Antioke eaba ba bokella phutheho eohle ’me ba e fa lengolo leo. 31 Ka mor’a hore phutheho e bale mantsoe ao a khothatsang, ea thaba haholo. 32 Kaha Judase le Silase e ne e le baprofeta, ba khothatsa barutuoa ka makhetlo a mangata le ho ba matlafatsa.+ 33 Ka mor’a hore ba qete nako e itseng ba le moo, ba tsamaea ba khutlela ho batho ba ba rommeng eaba barutuoa ba re ba tsamaee hantle. 34* —— 35 Pauluse le Barnabase bona ba sala Antioke ba ruta ba bile ba phatlalatsa litaba tse monate tsa lentsoe la Jehova* ba e-na le barutuoa ba bangata.
36 Ka mor’a matsatsi a itseng Pauluse a re ho Barnabase: “A re etele barutuoa ba metseng eohle eo re ileng ra phatlalatsa lentsoe la Jehova* ho eona ho bona hore na ba ea joang.”+ 37 Barnabase o ne a ikemiselitse ho tsamaea le Johanne ea bitsoang Mareka.+ 38 Empa Pauluse o ne a sa batle hore ba tsamaee le eena hobane ha ba le Pamfilia o ile a ba siea eaba ha a ee mosebetsing le bona.+ 39 Ba ile ba halefelana haholo hoo ba ileng ba arohana. Barnabase+ a tsamaea le Mareka ka sekepe ba ea Saeprase. 40 Pauluse eena a khetha Silase. Kahoo, bana ba bo rona ba rapela Jehova* hore a be mosa ho Pauluse. Ka mor’a moo a tsamaea.+ 41 A feta le Siria le Silisia a ntse a matlafatsa liphutheho.
16 Pauluse a ea Derbe, ha a tloha moo a fetela Listra.+ Ho ne ho e-na le morutuoa e mong moo ea bitsoang Timothea.+ ’Mè oa hae e ne e le Mojuda ebile e le morutuoa, ntate oa hae eena e le Mogerike. 2 O ne a buuoa hantle ke barutuoa ba Listra le Ikoniamo. 3 Pauluse o ne a batla hore Timothea a tsamaee le eena. Kahoo, a mo bolotsa hobane Bajuda bohle ba lulang libakeng tseo+ ba ne ba tseba hore ntate oa hae ke Mogerike. 4 Ha ba ntse ba ea le metse, ba ne ba bolella liphutheho hore na baapostola le baholo ba Jerusalema ba entse liqeto life e le hore le bona ba ka etsa lintho tumellanong le liqeto tseo.+ 5 Kahoo, liphutheho tsa ’na tsa matlafala tumelong ’me tsa hola letsatsi le letsatsi.
6 Ba feta le Frigia le naheng ea Galatia+ hobane moea o halalelang o ne o ba hanetse ho bolela lentsoe profinseng ea Asia. 7 Ha ba fihla Misia ba leka ho kena Bithinia+ empa Jesu a ba thibela a sebelisa moea o halalelang. 8 Kahoo, ba feta Misia eaba ba ea Troase. 9 Bosiu Pauluse a ba le pono. A bona monna ea tsoang Macedonia a eme pel’a hae a mo kopa a re: “Tšelela Macedonia u re thuse.” 10 Ka mor’a hore a bone pono eo, ra leka ho kena Macedonia hobane re fihletse qeto ea hore Molimo o re laetse hore re bolelle batho ba moo litaba tse monate tsa ’Muso oa hae.
11 Kahoo, ra tloha Troase ka sekepe ra toba Samothrase. Ka le hlahlamang ra ea Neapolise. 12 Ha re tloha moo ra ea Filipi.+ Filipi ke kolone ea Roma ebile ke motse o moholo oa setereke sa Macedonia. Ra qeta matsatsinyana motseng oo. 13 Ka Sabatha ra ea ka ntle ho likeiti tsa motse pel’a noka moo re neng re nahana hore ho rapelloa teng. Ra lula fatše eaba re bua le basali ba neng ba le moo. 14 Ho ne ho e-na le mosali ea hlahang Thiatire+ ea bitsoang Lydia. O ne a rekisa masela le liaparo tse pherese. E ne e le mosali ea hlomphang Molimo. Ha a ntse a mametse, Jehova* a mo thusa* hore a amohele lintho tseo Pauluse a ntseng a li bua. 15 Ka mor’a hore eena le ba lelapa la hae ba kolobetsoe,+ a re ho rona: “Haeba le lumela hore ke tšepahalla Jehova,* ke kopa le tl’o robaletsa ha ka.” A re phehella hore re tsamaee le eena.
16 Ha re ea moo ho rapelloang teng, ra kopana le ngoanana oa mosebeletsi ea nang le modemona oa bonohe.+ O ne a etsetsa beng ba hae chelete e ngata ka ho bolela lintho tse tla etsahala. 17 Ngoanana enoa a ’na a re sala morao a hoeletsa a re: “Banna bana ke makhoba a Molimo ea Phahameng+ ka ho Fetisisa. Baa le bolella hore na le tla pholosoa joang.” 18 A etsa joalo ka matsatsi a mangata. Pauluse a qetella a tenehile eaba oa hetla o re ho modemona eo: “Ke u laela ka lebitso la Jesu Kreste hore u tsoe ho eena.” Modemona a tsoa hang-hang.+
19 Ha beng ba ngoanana eo ba bona hore ha ba sa tla khona ho etsa chelete ka eena,+ ba tšoara Pauluse le Silase ba ba isa ’marakeng ho babusi.+ 20 Ba ba isa ho bo-’maseterata eaba ba re: “Batho bana ba ferekanya motse oa rona haholo.+ Ke Bajuda 21 joale ba ruta lintho tseo molao o sa re lumelleng hore re li etse re le Baroma.” 22 Letšoele la ba halefela. Bo-’maseterata ba tabola liaparo tsa bona eaba ba laela hore ba otloe ka melamu.+ 23 Ka mor’a ho ba otla ka makhetlo, ba ba kenya teronkong eaba ba laela molebeli oa teronko hore a ba lebele ka thata.+ 24 Ka mor’a hore molebeli oa teronko a fumane taelo eo, a ba isa karolong e ka hare-hare ea teronko eaba o faseletsa maoto a bona likoqong tse kholo tsa patsi.*
25 Har’a mpa ea bosiu Pauluse le Silase ba ne ba rapela ba bile ba rorisa Molimo ka pina.+ Batšoaruoa ba bang ba ne ba ba mametse. 26 Lefatše la reketla ka matla hoo metheo ea teronko e ileng ea sisinyeha. Menyako eohle ea buleha ’me lintho tseo batšoaruoa bohle ba neng ba fasitsoe ka tsona tsa fasoloha.+ 27 Ha molebeli oa teronko a tsoha ’me a bona hore mamati a teronko a bulehile, a nahana hore batšoaruoa ba balehile. A ntša sabole ea hae eaba o leka ho ipolaea.+ 28 Empa Pauluse a hoeletsa a re: “U se ke oa ipolaea hobane re ntse re le teng kaofela!” 29 Molebeli oa teronko a kopa mabone eaba o mathela ka teronkong. A khumama ka pel’a Pauluse le Silase a ntse a thothomela. 30 A ba isa ka ntle eaba o re: “Bo-ntate, ke etse’ng hore ke pholohe?” 31 Ba re: “Lumela ho Morena Jesu ’me uena le ba lelapa la hao le tla pholoha.”+ 32 Ba mo bolella lentsoe la Jehova* hammoho le bohle ba lelapa la hae. 33 A tsamaea le bona bosiung bona boo ’me a ba hlatsoa maqeba. Eena le bohle ba lelapa la hae ba kolobetsoa hang-hang.+ 34 A ea le bona ha hae eaba o ba tekela tafole. Eena le bohle ba lelapa la hae ba thaba haholo kaha ba ne ba se ba lumela ho Molimo.
35 Ha bosiu bo e-sa, bo-’maseterata ba roma makosetabole ho molebeli oa teronko hore a re ho eena: “Lokolla batho bao.” 36 Molebeli oa teronko a bolella Pauluse taba eo a re: “Bo-’maseterata ba romme banna e le hore lona ba babeli le ka lokolloa. Joale tsoang le itsamaele ka khotso.” 37 Pauluse a re ho bona: “Ba re shapile phatlalatsa re e-s’o ahloloe* empa re le Baroma+ eaba ba re kenya teronkong. Joale ba se ba batla ho re lokolla ka lenyele? Lekhale! Bona ha ba tle ba tl’o re lokolla.” 38 Makosetabole a tlalehela bo-’maseterata litaba tsena. Ba tšoha ha ba utloa hore banna bao ke Baroma.+ 39 Kahoo, ba tla eaba ba kopa tšoarelo. Ha ba qeta ho ba ntša, ba ba kopa hore ba tlohe motseng oo. 40 Ha ba tsoa teronkong ba ea ha Lydia. Ha ba kopana le barutuoa ba ba khothatsa+ eaba baa tsamaea.
17 Ba feta le Amfipolise le Apolonia eaba ba fihla Thesalonika+ moo ho neng ho e-na le ntlo ea Bajuda ea thapelo.* 2 Pauluse a kena ka tlung ea thapelo joalokaha a ne a tloaetse+ ’me ka lisabatha tse tharo a buisana le bona a tšetleha mabaka a hae ka Mangolo.+ 3 O ne a ba hlalosetsa a bile a ba bontša ka Mangolong hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko+ le hore a tsohe bafung.+ O ne a re: “Jesu enoa eo ke le bolellang ka eena, ke eena Kreste.” 4 Ka lebaka leo, ba bang ba bona ea e-ba balumeli ’me ba ikopanya le Pauluse le Silase.+ Bagerike ba bangata ba rapelang Molimo le basali ba bangata ba hlaheletseng le bona ba ikopanya le bona.
5 Bajuda ba bang ba e-ba mona+ eaba ba bokella banna ba khopo ba neng ba solla ’marakeng. Ba ikopanya eaba ba baka moferefere motseng. Ba hlasela ntlo ea Jasone ’me ba batla hore Pauluse le Silase ba tlisoe ho bona. 6 Ha ba sa ba fumane, ba isa Jasone le barutuoa ba bang ho babusi ba motse, ba tletleba ba re: “Banna bana ba ferekantseng lefatše lohle ba se ba le teng mona,+ 7 joale Jasone eena o ba amohetse ha hae. Batho bana kaofela ba etsa lintho tse khahlanong le melao ea Sesare, ba re ho na le morena e mong ea bitsoang Jesu.”+ 8 Ha letšoele le babusi ba motse ba utloa litaba tsena ba halefa. 9 Ba re Jasone le ba bang ba patale* e le hore ba lokolloe. Ka mor’a moo ba ba lokolla.
10 Eitse ha e e-ba bosiu, barutuoa ba isa Pauluse le Silase Berea. Ha Pauluse le Silase ba fihla moo, ba ea ka tlung ea Bajuda ea thapelo.* 11 Baberea ba ne ba ikemiselitse ho ithuta ho feta Bathesalonika kaha ba ile ba amohela lentsoe la Molimo ka lipelo tsohle. Ba ne ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng ho tiisa hore na lintho tseo ba li utloileng ke ’nete kapa che. 12 Kahoo, batho ba bangata ba Berea ho akareletsa le banna le basali ba bangata ba Bagerike ba hlomphuoang ea e-ba balumeli. 13 Ha Bajuda ba Thesalonika ba utloa hore Pauluse o phatlalatsa lentsoe la Molimo Berea, ba tla teng ho tla hlohlelletsa le ho ferekanya batho.+ 14 Barutuoa ba isa Pauluse leoatleng hang-hang+ empa Silase le Timothea ba sala moo. 15 Batho ba felehelitseng Pauluse ba mo fihlisa Athene. Pauluse a re ba joetse Silase le Timothea hore ba tle ho eena kapele+ eaba barutuoa bao baa tsamaea.
16 Ha Pauluse a ntse a le Athene a ba emetse, a utloa a tenehile ha a bona hore motse oo o tletse melimo ea litšoantšo. 17 Kahoo, a ea ntlong ea thapelo,* a ruta Bajuda le batho ba bang ba neng ba rapela Molimo. O ne a boetse a ea ’marakeng letsatsi le leng le le leng ho ea ruta mang kapa mang eo a ka mo fumanang. 18 Empa bo-rafilosofi ba bang ba Baepikure le ba Bastoike ba pheha khang le eena ’me ba bang ba re: “Lehlanya lee le buang haholo le batla ho re’ng?” Ba bang bona ba re: “Ekare o buella melimo esele.” Ba ne ba cho joalo hobane a bua ka litaba tse monate tsa Jesu le tsoho ea bafu.+ 19 Kahoo ba mo isa Areopago eaba ba re: “Thuto ee e ncha eo u buang ka eona ke’ng? 20 Re utloa u bua lintho tseo re qalang ho li utloa joale re batla ho tseba hore na li bolela’ng.” 21 Baathene bohle le batho ba lichaba ba lulang* moo ba ne ba sa etse letho nakong ea bona ea phomolo haese hore feela ba mamele kapa ba bue ka lintho tse ncha. 22 Pauluse a ema har’a Areopago+ a re:
“Banna ba Athene, kea bona hore le hlompha melimo ho feta kamoo batho ba bang ba e hlomphang kateng.+ 23 Mohlala, ha ke ntse ke tsamaea ke shebisisa lintho tseo le li rapelang, ke ile ka fumana aletare e ngotsoeng: ‘Ho Molimo ea sa Tsejoeng.’ Ka hona, ke tl’o le bolella ka eena Molimo eo le ntseng le mo rapela empa le sa mo tsebe. 24 Molimo ea entseng lefatše le lintho tsohle tse ho lona e leng Morena oa leholimo le lefatše,+ ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.+ 25 Ebile ha a hlokomeloe ke batho joalokaha eka o hloka letho+ hobane o fa batho bohle bophelo, phefumoloho+ le lintho tsohle. 26 O entse hore lichaba tsohle li tsoe ho motho a le mong+ le hore li lule lefatšeng.+ O behile linako tsa hore na lintho tse itseng li etsahale neng a ba a sehela batho meeli ea hore na ba lule kae+ 27 e le hore ba batle Molimo. Haeba ba leka ho mo batla ba ka mo fumana+ hobane ha a hole le rona. 28 Ke ka eena re phelang, re sisinyehang ’me re leng teng. Le ba bang ba liroki tsa lona ba itse, ‘Le rona re bana ba hae.’
29 Kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Molimo o tšoana le setšoantšo sa khauta, silevera kapa lejoe. Ha a tšoane le lintho tseo batho ba iqapetseng tsona eaba ba li etsa ka matsoho a bona.+ 30 Ke ’nete Molimo o ile a iphapanyetsa lintho tsena tseo batho ba li entseng ka ho se tsebe.+ Empa hona joale o bolella batho bohle hore ba bake 31 hobane o behile letsatsi leo ka lona a tla ahlola+ lefatše ka toka a sebelisa monna eo a mo khethileng. O ile a tsosa monna eo bafung ’me ka ho etsa joalo a kholisa batho bohle hore letsatsi leo le tla fihla.”+
32 Ha ba utloa a bua ka tsoho ea bafu, ba bang ba mo soma+ empa ba bang ba re: “Re tla u mamela hape nakong e tlang ha u bua ka taba ena.” 33 Pauluse a itsamaela 34 empa batho ba bang ba ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli. Har’a bona ho ne ho e-na le moahloli oa lekhotla la Areopago ea bitsoang Dionisiase, mosali ea bitsoang Damarise le ba bang.
18 Ka mor’a moo a tloha Athene a ea Korinthe. 2 Ha a fihla moo, a fumana Mojuda ea bitsoang Akuila,+ letsoalloa la Pontase. Akuila o ne a sa tsoa fihla le mosali oa hae Prisilla ba tsoa Italy hobane Claudiase o ne a lelekile Bajuda bohle Roma. Kahoo Pauluse a ea ho bona. 3 Kaha o ne a etsa mosebetsi o tšoanang le oa bona oa ho etsa litente, a lula le bona ’me ba sebetsa ’moho.+ 4 Ka sabatha e ’ngoe le e ’ngoe+ o ne a ee a rute* ka tlung ea thapelo*+ a susumeletsa Bajuda le Bagerike hore e be balumeli.
5 Ha Silase+ le Timothea+ ba fihla ho tsoa Macedonia, Pauluse a phathahana ka ho bolela lentsoe, a fa Bajuda bopaki ba hore Jesu ke Kreste.+ 6 Bajuda ba ne ba lula ba hanyetsa Pauluse ba bile ba mo nyefola. Kahoo, a hlohlora liaparo tsa hae+ a re ho bona: “E se e le taba ea lona hore na le tla hlaheloa ke’ng.+ ’Na ha ke na molato.+ Ho tloha joale ke tla ea ho balichaba.”+ 7 Kahoo, a tloha ntlong ea thapelo* a ea ha monna ea hlomphang Molimo ea bitsoang Titiase Justase. Ha hae e ne e le pel’a ntlo ea thapelo. 8 Krispase+ molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo* a lumela ho Morena hammoho le bohle ba lelapa la hae. Bakorinthe ba bangata ba ileng ba utloa lentsoe le bona ba lumela ’me ba kolobetsoa. 9 Bosiu Morena a bua le Pauluse ponong a re: “U se ke oa tšaba, u ’ne u bue u sa khaotse 10 kaha ke na le uena.+ Ha ho motho ea tla u hlasela ebe o u ntša kotsi. Ke sa na le batho ba bangata bao e tla ba barutuoa motseng ona.” 11 Kahoo, a lula moo selemo le likhoeli tse tšeletseng, a ruta lentsoe la Molimo.
12 Ha Galio e le ’musi oa profinse* ea Akaia, Bajuda ba hlasela Pauluse ’me ba mo isa setulong sa kahlolo 13 ba re: “Monna enoa o susumeletsa batho hore ba rapele Molimo ka tsela e hananang le molao.” 14 Eitse ha Pauluse a re oa bua, Galio a re ho Bajuda: “Lona Bajuda, haeba ehlile motho enoa a ne a entse phoso kapa a tlotse molao, ke ne ke tla ba le lebaka la ho le mamela ke sa fele pelo. 15 Empa kaha le tseka litaba tse amanang le molao oa lona,+ mabitso le mantsoe, le tla ipona. Ha ke batle ho ba moahloli oa lintho tsena.” 16 Eaba oa ba leleka ka pel’a setulo sa kahlolo. 17 Kahoo, kaofela ba tšoara Sosthene+ molaoli ea okamelang ntlo ea thapelo eaba ba mo otlela hona moo ka pel’a setulo sa kahlolo. Galio eena a ikhaohanela.
18 Pauluse a ’na a lula moo ka matsatsi a mangatanyana. Ka mor’a moo a salisa barutuoa hantle eaba o ea Siria ka sekepe. O ne a tsamaea le Prisilla le Akuila. Ha a le Senkrea,+ a kuta moriri oa hae kaha o ne a etselitse Molimo kano. 19 Ha ba fihla Efese, a ba siea motseng oo eaba o ea ntlong ea thapelo.* A thusa Bajuda ho utloisisa Mangolo.+ 20 Ba mo kopa hore a lule nako e teletsana empa a hana. 21 A ba salisa hantle eaba o re ho bona: “Ke tla le etela hape haeba Jehova* a rata.” Eaba o tloha Efese ka sekepe 22 o ea Sesarea. Ha a tloha moo, a e’o lumelisa phutheho* eaba o fetela Antioke.+
23 A qeta nako e itseng a le moo. Eaba oa tloha o etela libaka tse ngata Galatia le Frigia+ a matlafatsa barutuoa bohle.+
24 Mojuda ea bitsoang Apolose+ eo e neng e le letsoalloa la Alexandria a fihla Efese. E ne e le kheleke a bile a rutehile haholo Mangolong. 25 Monna enoa o ne a rutiloe ka litsela tsa Jehova.* O ne a cheseha ka lebaka la moea o halalelang ’me a ruta lintho tse nepahetseng ha a bua ka Jesu empa o ne a tseba kolobetso ea Johanne feela. 26 Apolose o ne a bua ka sebete ka tlung ea thapelo.* Ha Prisilla le Akuila+ ba mo utloa a ruta, ba tsamaea le eena ’me ba mo qaqisetsa litsela tsa Molimo ka tsela e nepahetseng. 27 Kaha Apolose o ne a batla ho tšelela Akaia, barutuoa ba Efese ba ngolla barutuoa ba Akaia ba ba kopa hore ba amohele Apolose. Ha a fihla moo, o ile a thusa barutuoa haholo ba neng ba lumetse ka lebaka la mosa* oa Molimo. 28 O ne a bua ka matla ka pel’a batho bohle, a fana ka bopaki ba hore Bajuda ba fositse, a bontša ka Mangolo hore Jesu ke Kreste.+
19 Ha Apolose+ a ntse a le Korinthe, Pauluse a tsamaea libakeng tse hare ho naha ’me a ea Efese+ eaba o fumana barutuoa ba bang. 2 A re ho bona: “Na le ile la fumana moea o halalelang ha le e-ba barutuoa?”+ Ba re ho eena: “Re qala ho utloa hore ho na le moea o halalelang.” 3 Eaba o re: “Le kolobelitsoe ka kolobetso efe?” Ba re: “Ka kolobetso ea Johanne.”+ 4 Pauluse a re: “Johanne o ile a kolobetsa batho e le ho bontša hore ba bakile,+ a ba bolella hore ba lumele ho ea tlang ka mor’a hae+ e leng Jesu.” 5 Ha ba utloa lintho tsena, ba kolobetsoa ka lebitso la Morena Jesu. 6 Ha Pauluse a ba beha matsoho, moea o halalelang oa theohela holim’a bona+ eaba baa profeta le ho bua lipuo tse fapa-fapaneng.+ 7 Banna bao kaofela ba ne ba ka ba 12.
8 A qeta likhoeli tse tharo a bua ka sebete ka tlung ea thapelo,*+ a ruta phatlalatsa a kholisa batho ka ’Muso oa Molimo.+ 9 Ba bang ba thatafatsa lipelo tsa bona ba hana ho lumela, ba bua hampe ka Tsela ea Morena+ ka pel’a batho. Kahoo, a tloha ho bona+ a tsamaea le barutuoa. O ne a ruta ka holong ea sekolo ea Tiranase letsatsi le leng le le leng. 10 O ile a etsa joalo ka lilemo tse peli. Kahoo, Bajuda le Bagerike bohle ba lulang profinseng ea Asia ba ile ba utloa lentsoe la Morena.
11 Molimo a ’na a sebelisa Pauluse ho etsa mehlolo e meholo.+ 12 Masela le liforeskoto tseo a neng a li thetsitse li ne li isoa ho batho ba kulang+ ’me ba fola le bademona ba tsoa.+ 13 Empa Bajuda ba bang ba neng ba tloaetse ho tsamaea hohle ba leleka bademona, ba ile ba leka ho sebelisa lebitso la Morena Jesu ho phekola batho ba kenoeng ke bademona. Ba ne ba re: “Ke le laela ka Jesu eo Pauluse a rutang ka eena.”+ 14 Ho ne ho e-na le bara ba supileng ba moprista e moholo oa Bajuda ea bitsoang Skeva ba neng ba tloaetse ho etsa joalo. 15 Empa ka le leng modemona a re ho bona: “Ke tseba Jesu+ le Pauluse,+ lona le bo-mang?” 16 Motho eo ea kenoeng ke modemona a ba futuhela, a ba hlola kaofela ka matla. Ba tsoa ka tlung eo ba baleha, ba hlobotse ba bile ba le maqeba. 17 Taba ena ea tsejoa ke Bajuda le Bagerike bohle ba lulang Efese. Kaofela ba tšoha eaba lebitso la Morena Jesu le tsoela pele ho tlotlisoa. 18 Batho ba bangata bao e neng e se e le balumeli ba ne ba tla ’me ba ipolela libe phatlalatsa. 19 Ba bangata bao e neng e le maselamose ba bokella libuka tsa bona eaba ba li chesa ka pel’a batho bohle.+ Ha ba kopanya theko ea tsona ba fumana e le likotoana tsa silevera tse 50 000. 20 Lentsoe la Jehova* la ’na la hola le ho hlola ka lebaka la matla a hae.+
21 Ka mor’a moo, Pauluse a etsa qeto ea ho ea Macedonia+ le Akaia ebe o fetela Jerusalema.+ A re: “Ha ke tloha moo ke tla ea Roma.”+ 22 A roma banna ba babeli ba neng ba mo thusa e leng Timothea+ le Erastase,+ a re ba ee Macedonia. Eena a qeta nako e itseng a le profinseng ea Asia.
23 Ka nako eo ha tsoha moferefere o moholo+ ka lebaka la Tsela ea Morena.+ 24 Monna ea bitsoang Demetriase ea etsang lintho tsa silevera, o ne a ruisa basebetsi-’moho le eena haholo ka ho etsa litempele tsa silevera tsa Artemise.+ 25 A bitsa basebetsi-’moho le eena hammoho le batho ba bang ba neng ba etsa mosebetsi o tšoanang le oa bona. Eaba o re: “Bo-ntate, lea tseba hore re ruile tjena ka lebaka la khoebo ena. 26 Lea bona ebile lea utloa kamoo Pauluse enoa a fetotseng maikutlo a batho ba bangata kateng ha a re melimo e entsoeng ka matsoho ha se melimo.+ Ha aa etsa lintho tsena Efese+ feela empa o li entse le profinseng eohle ea Asia. 27 Taba ena e kotsi hobane batho ba tla bua khoebo ea rona hampe. Hape tempele ea molimotsana e moholo Artemise e tla nkoa e se na thuso. Batho ba profinseng ea Asia le ba lefatše lohle ba rapelang molimotsana Artemise ba ke ke ba hlola ba mo rorisa.” 28 Ha banna bao ba utloa litaba tsena, ba halefa eaba baa hoeletsa ba re: “O moholo Artemise oa Baefese!”
29 Ha e-ba le moferefere motseng ’me batho ba potlakela lebaleng la lipapali. Ba nka Gaiase le Aristakase+ ka likhoka ba tsamaea le bona. Gaiase le Aristakase ba ne ba tsoa Macedonia ’me ba tloaetse ho tsamaea le Pauluse. 30 Pauluse o ne a batla ho kena a bue le sechaba empa barutuoa ba mo hanela. 31 Esita le bahlophisi ba bang ba mekete le lipapali ba neng ba le botsoalle ho eena ba ile ba mo romella molaetsa, ba mo kopa hore a se ke a ipeha kotsing ka ho kena ka lebaleng. 32 Batho ba ne ba hoeletsa ba bua lintho tse fapaneng, ho ne ho le moferefere ’me batho ba bangata ba ne ba sa tsebe hore na ke hobane’ng ha ba phuthehile. 33 Batho ba bang ba ntša Alexandere har’a sechaba ’me Bajuda ba mo sutumelletsa ka pele. Alexandere a ba bontša ka letsoho hore ba thole kaha o ne a batla ho itlhalosa. 34 Ha ba hlokomela hore ke Mojuda, ba qeta lihora tse ka bang peli ba ntse ba hoeletsa ba re: “O moholo Artemise oa Baefese!”
35 Qetellong majoro oa motse a khona ho khutsisa batho eaba o re: “Batho ba Efese, ke mang ea sa tsebeng hore motse oa Baefese ke oona o hlokometseng tempele ea Artemise e moholo le setšoantšo se oeleng leholimong? 36 Ha ho motho ea ka hanyetsang lintho tsena. Kahoo, khobang matšoafo ’me le se ke la ba lepotlapotla. 37 Ha ho na thuso ea hore ebe le tlisitse banna bana mona hobane ha ba utsoetse litempele ebile ha ba nyefole molimotsana oa rona. 38 Haeba ho e-na le motho eo Demetriase+ le basebetsi-’moho le eena ba mo qosang, ba mo tlise ka pel’a babusi ba profinse* ka matsatsi ao lekhotla le lulang. Ha ba le moo ba ka qosana. 39 Haeba le batla ntho e fetang eo, e se e tla etsetsoa qeto phuthehong e tloaelehileng. 40 Re se re ipehile tsietsing ea ho qosoa ka moferefere oa letsatsing lena hobane ha re na lebaka la hore ebe re entse morusu ona.” 41 Ha a qeta ho bua lintho tsena a qhala phutheho.
20 Ka mor’a hore morusu o kokobele, Pauluse a bitsa barutuoa a ba khothatsa. A ba salisa hantle eaba o ea Macedonia. 2 A tsamaea libaka tse ngata moo a ntse a khothatsa barutuoa, ka mor’a moo a fihla Greece. 3 O ile a qeta likhoeli tse tharo moo. Ha a le haufi le ho ea Siria ka sekepe, a tseba hore Bajuda+ ba rerile ho mo bolaea eaba o etsa qeto ea ho khutla le Macedonia. 4 O ne a felehelitsoe ke Sopatere mora oa Pirase oa Berea, Aristakase+ le Sekundase ba tsoang Thesalonika, Gaiase oa Derbe, Timothea+ hammoho le Tikikase+ le Trofimase+ ba tsoang profinseng ea Asia. 5 Banna bana ba ile ba re siea eaba ba re emela Troase. 6 Ra tloha Filipi ka sekepe ka mor’a Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso.+ Pele matsatsi a mahlano a fela, ra fihla ho bona Troase eaba re qeta matsatsi a supileng moo.
7 Ka letsatsi la pele la beke ha re ne re bokane e le hore re ka ja ’moho, Pauluse a bua le bona ho fihlela har’a mpa ea bosiu kaha o ne a tl’o tsamaea ka le hlahlamang. 8 Ho ne ho e-na le mabone a mangata ka kamoreng e ka holimo moo re neng re bokane. 9 Mohlankana ea bitsoang Eutikase o ne a lutse fensetereng ha Pauluse a ntse a bua eaba o ea le sephume sa boroko ’me a oa a le mokatong oa boraro. Ha ba fihla ho eena ba mo fumana a se a shoele. 10 Pauluse a theohela mokatong o ka tlase, a paqama holim’a hae, a mo kopa ka matsoho+ eaba o re: “Khaotsang ho lla hobane oa phela.”+ 11 Pauluse a khutlela mokatong o ka holimo, a ngoatha lijo* a ja. A buisana le bona ho fihlela hoseng eaba oa tsamaea. 12 Barutuoa ba tsamaea le mohlankana eo a phela, ba tšelisehile haholo.
13 Ra palama sekepe eaba re ea Asose, Pauluse eena a ea teng ka maoto. Re ne re rerile ho mo lata moo ka sekepe joalokaha a ne a re kopile. 14 Ha a re fumana Asose, ra mo palamisa sekepe eaba re ea Mitilene. 15 Ka le hlahlamang ra palama sekepe ra fihla pel’a Kiose. Ka la hosane ra fapohela Samose eaba letsatsing le latelang re fihla Miletase. 16 Pauluse o ne a batla ho feta feela Efese+ e le hore a se ke a qeta nako profinseng ea Asia. O ne a potlaketse hore haeba ho khoneha a fihle Jerusalema+ letsatsing la Mokete oa Pentekonta.
17 Ha a le Miletase a romela molaetsa ho baholo ba phutheho ea Efese hore ba tle ho eena. 18 Ha ba fihla ho eena a re ho bona: “Le tseba hantle bophelo boo ke bo phetseng ha ke e-na le lona ho tloha letsatsing la pele ke fihlile profinseng ea Asia.+ 19 Ke ne ke sebeletsa Morena joaloka lekhoba ka boikokobetso bohle+ le meokho, ka ba le litsietsi tse ngata hobane ka makhetlo Bajuda ba ile ba rera ho mpolaea. 20 Hape ha kea ka ka le patela letho le molemong oa lona kapa ka khaotsa ho le ruta phatlalatsa+ le ka ntlo le ntlo.+ 21 Ke ile ka fana ka bopaki bo hlakileng ho Bajuda le Bagerike, ka ba bontša hore ba lokela ho baka,+ ba sebeletse Molimo ’me ba lumele ho Morena oa rona Jesu.+ 22 Hona joale moea o ntataisetsa Jerusalema le hoja ke sa tsebe hore na ke tla hlaheloa ke’ng ha ke le moo. 23 Ntho eo ke e tsebang ke hore motseng o mong le o mong moea o halalelang o lula o mpolella hore teronko le mahloriso li nkemetse.+ 24 Empa ha ke nke bophelo ba ka bo le bohlokoa, ke mpa feela ke batla ho qeta peiso ea ka+ le mosebetsi oo ke o filoeng ke Morena Jesu oa ho bolella batho litaba tse monate tsa mosa* oa Molimo ka tsela e phethahetseng.
25 Kea tseba hore lona bohle bao ke ileng ka le bolella ka ’Muso oa Molimo le ke ke la hlola le mpona. 26 Kahoo, ke le bitsitse hore le pake letsatsing lona lena hore ha ke molato oa mali a mang kapa mang+ 27 hobane ha kea ka ka le patela merero eohle ea Molimo.+ 28 Le itebele+ le be le lebele mohlape oohle oo moea o halalelang o le khethetseng hore le o lebele+ le be le lise phutheho ea Molimo+ eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.+ 29 Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe, liphiri tse sehloho li tla kena har’a lona+ ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa. 30 Le hona har’a lona mona ho tla hlaha batho ba tla sotha ’nete ho khelosa barutuoa hore ba ba sale morao.+
31 Kahoo, lulang le falimehile ’me le hopole hore ka lilemo tse tharo,+ bosiu le motšehare, ha kea ka ka khaotsa ho le eletsa kaofela. Ke ne ke bile ke lla ha ke ntse ke bua le lona. 32 E se eka Molimo le molaetsa o buang ka mosa oa hae o ka le sireletsa. Molaetsa oo o ka le matlafatsa le ho le bulela tsela ea ho fumana lefa le tl’o fuoa bahalaleli bohle.+ 33 Ha ke e-s’o khalle silevera, khauta kapa liaparo tsa mang kapa mang.+ 34 Lea tseba hore ke sebelelitse litlhoko tsa ka+ le tsa batho bao ke neng ke e-na le bona ka matsoho ana a ka. 35 Ke le bontšitse ka liketso tsa ka nthong e ’ngoe le e ’ngoe hore na le lokela ho etsa’ng+ e le hore le thuse batho ba hlokang thuso. Hape le hopole mantsoe a Morena Jesu ha a re: ‘Ho fana ho thabisa haholo+ ho feta ho fuoa.’”
36 Ha a qeta ho cho joalo, eena le batho bao kaofela ba khumama eaba oa rapela. 37 Kaofela ha bona ba lla haholo eaba ba haka Pauluse le ho mo suna. 38 Ntho e neng e ba utloisitse bohloko le ho feta ke ha a re ba ke ke ba hlola ba mo bona.+ Eaba baa mo felehetsa ho ea sekepeng.
21 Ka mor’a karohano eo e bohloko, ra potlakela Kose ka sekepe. Ka le hlahlamang ra fihla Rhode, ha re tloha moo ra ea Patara. 2 Ha re fumana sekepe se eang Foenisia, ra se palama eaba rea tsamaea. 3 Re ile ra bona sehlekehleke sa Saeprase se le ka letsohong le letšehali, ra se feta eaba re ea Siria. Ra ema Tire moo sekepe se neng se tl’o laesholla thepa. 4 Ra batla barutuoa ra ba ra ba fumana eaba re lula moo ka matsatsi a supileng. Empa ka lebaka la ntho eo moea o halalelang o neng o e senotse, ba phehella Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema.+ 5 Ha nako ea rona ea ho tsamaea e fihla, ra tloha. Kaofela ha bona hammoho le basali le bana ba re felehetsa ho ea fihla ka ntle ho motse. Ha re le lebopong, ra khumama eaba rea rapela. 6 Ka mor’a moo, ra salisana hantle eaba re kena ka sekepeng, bona ba khutlela malapeng a bona.
7 Ra tloha Tire ka sekepe ’me ra fihla Tolemaise. Ra lumelisa bana ba bo rona moo eaba re lula le bona letsatsi le le leng. 8 Ka la hosane ra ea Sesarea ’me ra lula ha moevangeli Filipi eo e neng e le e mong oa banna ba supileng+ ba ileng ba khethoa. 9 Monna enoa o ne a e-na le barali ba bane ba baroetsana* ba neng ba profeta.+ 10 Ka mor’a matsatsi a mangata re le moo, moprofeta ea bitsoang Agabase+ a fihla a tsoa Judea. 11 A tla ho rona eaba o nka lebanta la Pauluse, o iphasa maoto le matsoho ka lona ’me o re: “Moea o halalelang o re, ‘Mong’a lebanta lena o tla fasoa tjena ke Bajuda Jerusalema+ ’me ba tla mo nehella batho ba lichaba.’”+ 12 Ha re utloa litaba tsena, rona le batho ba neng ba le teng moo ra kopa Pauluse hore a se ke a ea Jerusalema. 13 Pauluse a re: “Ke hobane’ng ha le lla le bile le leka ho ’nyahamisa?* Le tsebe hore ke itokiselitse ho koalloa le ho shoella Jerusalema bakeng sa lebitso la Morena Jesu.”+ 14 Ha re bona hore ha re khone ho fetola maikutlo a hae, ra tlohela ho mo phehella* eaba re re: “Ho ke ho etsahale thato ea Jehova.”*
15 Ka mor’a moo, ra itokisetsa leeto eaba re ea Jerusalema. 16 Ba bang ba barutuoa ba tsoang Sesarea le bona ba tsamaea le rona, ba re isa ho e mong oa barutuoa ba pele ea bitsoang Menasone oa Saeprase. Re ne re menngoe hore re e’o lula ha hae. 17 Ha re fihla Jerusalema, bana ba bo rona ba re amohela ba thabile. 18 Ka le hlahlamang, Pauluse a ea le rona ho Jakobo+ ’me baholo kaofela ba ne ba le teng. 19 A ba lumelisa ’me a ba phetela lintho tseo Molimo a ileng a mo thusa ho li etsa ha a ntse a hasa lentsoe la Molimo lichabeng.
20 Ka mor’a hore ba utloe litaba tsena, ba rorisa Molimo empa ba re ho Pauluse: “Ngoan’abo rona, oa bona hore ho na le Bajuda ba likete bao e leng balumeli ’me kaofela ha bona ba chesehela Molao.+ 21 Empa ba utloile menyenyetsi ea hore u rutile Bajuda bohle ba lichabeng hore ba khaotse ho mamela Molao oa Moshe, oa ba bolella hore ba se ke ba bolotsa bana ba bona le hore ba se ke ba etsa lintho tsa moetlo tseo esale li etsoa.+ 22 Re etse joang? Ba tl’o tseba hore u se u le teng. 23 Etsa tjena: Re na le banna ba bane ba entseng kano. 24 Tsamaea le banna bana, le itlhoekise ho ea ka Molao ’me u ba patalle e le hore ba kute lihlooho. Joale batho bohle ba tla tseba hore menyenyetsi eo ba e utloileng ka uena ha se ’nete, ba tla tseba hore u etsa lintho hantle le hore u mamela Molao.+ 25 Barutuoa ba tsoang lichabeng bona re ba romeletse lengolo ra ba bolella qeto ea rona ea hore ba qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo,+ mali,+ lintho tse fenethiloeng*+ le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.”*+
26 Pauluse a tsamaea le banna bao ka le hlahlamang ’me a itlhoekisa le bona ho ea ka Molao.+ A ea ka tempeleng eaba oa bolela hore na matsatsi a bona a ho itlhoekisa ho ea ka Molao a tla fela neng le hore na e mong le e mong oa bona a etsetsoe nyehelo neng.
27 Ha matsatsi a supileng a le haufi le ho fela, Bajuda ba tsoang Asia ba mo bona ka tempeleng. Ba hlohlelletsa batho kaofela hore ba mo hlasele eaba baa mo tšoara. 28 Ba hoeletsa ba re: “Banna ba Iseraele, thusang! Monna enoa ke eena ea ntseng a ruta batho hohle mona lithuto tse loantšanang le sechaba, Molao le sebaka sena. O ile a ba a tlisa Bagerike ka tempeleng ’me o silafalitse sebaka sena se halalelang.”+ 29 Ba ne ba cho joalo hobane ba bone Trofimase+ oa Moefese a e-na le eena motseng moo eaba ba nka hore Pauluse o mo tlisitse ka tempeleng. 30 Batho ba motse kaofela ba mo tsohela matla. Ba tla tempeleng ba matha, ba tšoara Pauluse, ba mo hulela ka ntle ho tempele eaba menyako e koaloa hang-hang. 31 Ha ba ntse ba leka ho mo bolaea, molaoli oa sesole a bolelloa hore batho ba Jerusalema kaofela ba entse moferefere. 32 A potlakela ho bona a e-na le masole le balaoli ba ’ona. Ha ba bona molaoli oa sesole le masole, ba khaotsa ho otla Pauluse.
33 Molaoli oa sesole a atamela, a tšoara Pauluse eaba o laela hore a fasoe ka liketane tse peli.+ Ka mor’a moo, a botsa hore na ke mang le hore na o entse’ng. 34 Ba bang ba hoeletsa ba re tjena, ba bang ba re tjena. Molaoli oa sesole ha aa ka a tseba hore na ho etsahala’ng ka lebaka la morusu. Kahoo, a laela hore Pauluse a isoe bolulong ba masole. 35 Ha Pauluse a fihla litepising, masole a tlameha ho mo kakasa hobane batho ba ne ba halefile ba batla ho mo tšoara. 36 Batho ba bangata ba ne ba ba setse morao ba ntse ba hoeletsa ba re: “Mo bolaeeng!”
37 Ha Pauluse a se a tla fihla bolulong ba masole, a re ho molaoli oa sesole: “Na nka bua le uena?” Molaoli a re: “Athe u tseba Segerike? 38 Na ha se uena Moegepeta eloa ea kileng a hlohleletsa batho hore ba fetohele ’muso a ba a isa banna ba 4 000 ba babolai lefeelleng?” 39 Pauluse a re: “’Na ke Mojuda+ oa Tarsase+ e Silisia, ke moahi oa motse o tsebahalang haholo. Kahoo, ke kopa u ntumelle hore ke bue le sechaba.” 40 Molaoli oa sesole a mo lumella eaba Pauluse o bontša sechaba ka letsoho hore se thole a ntse a eme litepising. Ka mor’a hore sechaba kaofela se thole, a bua le sona ka Seheberu+ a re:
22 “Bo-ntate le bana beso, ke kopa le ’mamele ke le hlalosetse hore na ho etsahetse’ng.”+ 2 Ha ba utloa hore o bua le bona ka Seheberu, ba thola tu! Eaba o re: 3 “Ke Mojuda+ ea hlahetseng Tarsase e Silisia+ empa ke kene sekolo motseng ona, ka rutoa ke Gamaliele.+ Ke rutiloe ho mamela Molao oa baholo-holo ba rona ka botlalo,+ ke chesehela ho sebeletsa Molimo feela joalokaha lona kaofela kajeno le chesehela ho mo sebeletsa.+ 4 Ke ne ke hlorisa banna le basali ba Tsela ea Morena, ke ba isa teronkong ke bile ke fana ka bona hore ba bolaoe.+ 5 Moprista ea phahameng le baholo bohle ba ka paka taba ena. Ke bona ba ileng ba mpha mangolo a eang ho Bajuda ba habo rona ba Damaseka ’me ke ne ke le tseleng e eang moo e le hore nka tšoara batho ba Tsela ea Morena, ke ba tlise Jerusalema hore ba fuoe kotlo.
6 Har’a mpa ea motšehare ha ke le haufi le ho fihla Damaseka, khanya e tsoang leholimong ea mpotoloha ka ho panya ha leihlo.+ 7 Ka oela fatše eaba ke utloa lentsoe le re ho ’na: ‘Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng?’ 8 Ka re: ‘U mang Morena?’ A re ho ’na: ‘Ke ’na Jesu oa Monazaretha eo u mo hlorisang.’ 9 Banna ba neng ba e-na le ’na ba ile ba bona khanya eo empa ha baa ka ba utloisisa hore na ea buang le ’na o re’ng. 10 Eaba ke re: ‘Ke etse’ng Morena?’ Morena a re ho ’na: ‘Ema u kene Damaseka. U tla bolelloa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho entsoeng qeto ea hore u e etse.’+ 11 Kaha khanya eo e ile ea etsa hore ke foufale, ke kene Damaseka ke tataisoa ke tšoeroe ka matsoho ke batho bao ke neng ke tsamaea le bona.
12 Monna ea bitsoang Ananiase ea hlomphang Molimo, ea mamelang Molao a bile a buuoa hantle ke Bajuda bohle ba lulang moo 13 a tla ho ’na. A ema pel’a ka eaba o re ho ’na: ‘Saule ngoan’eso, tutuboloha.’ Hang-hang mahlo a ka a buleha eaba kea mo bona.+ 14 A re: ‘Molimo oa baholo-holo ba rona o u khethetse hore u tsebe thato ea hae, u bone ea lokileng+ le ho utloa lentsoe la hae 15 hobane u tla mo pakela ho batho bohle ka lintho tseo u li boneng le tseo u li utloileng.+ 16 Joale u sa emetse’ng? Ema, u kolobetsoe. E le hore Molimo a tšoarele libe tsa hao,+ u lokela ho lumela lebitsong la Jesu.’+
17 Ha ke se ke khutletse Jerusalema+ ke ntse ke rapela ka tempeleng, ka ba le pono. 18 Ka bona Morena eaba o re ho ’na: ‘Tsoa Jerusalema kapele hobane ba ke ke ba amohela bopaki boo u mpakelang ka bona.’+ 19 Eaba ke re: ‘Morena, ba tseba hantle hore ke ne ke kenya batho ba lumelang ho uena teronkong ke bile ke ba shapela ka matlung a thapelo.*+ 20 Ha Setefane paki ea hao e bolaoa, ke ne ke eme haufi ke lumellana le ketso eo ke bile ke katile liaparo tsa babolai ba hae.’+ 21 Empa a re ho ’na: ‘Tsamaea hobane ke tl’o u romela lichabeng tse hole.’”+
22 Ba ne ba ntse ba mo mametse empa ha a cho joalo ba hoeletsa ba re: “Bolaeang motho enoa kaha ha aa tšoanela ho phela!” 23 Kaha ba ne ba hoeletsa, ba betsetsa liaparo tsa bona tsa ka holimo koana le koana ba bile ba hasanya lerole moeeng,+ 24 mookameli oa sesole a laela hore Pauluse a tlisoe bolulong ba masole eaba o re a hlongoe lipotso a ntse a shapuoa e le hore a ka tseba hantle hore na ke hobane’ng ha batho ba mo halefetse hakaalo. 25 Ha ba qeta ho mo fasa e le hore ba mo shape ka sephali, Pauluse a re ho molaoli oa sesole ea emeng moo: “Na molao o le lumella hore le shape motho oa Moroma* a e-s’o ahloloe?”*+ 26 Ha molaoli oa sesole a utloa taba ena, a ea ho mookameli oa sesole a re ho eena: “U tl’o etsa’ng hobane motho eo ke Moroma?” 27 Mookameli oa sesole a ea ho Pauluse eaba o re ho eena: “Mpolelle, na u Moroma?” A re: “E.” 28 Mookameli oa sesole a re: “Ke patetse chelete e ngata e le hore ke fumane litokelo tsa ho ba moahi oa Roma.” Pauluse a re: “’Na ke Moroma ka tsoalo.”+
29 Banna ba neng ba tl’o mo shapa le ho mo hloma lipotso ba tloha ho eena hang-hang. Mookameli oa sesole a tšoha ha a utloa hore ke Moroma hobane o ne a se a mo fasitse.+
30 Kaha o ne a batla ho tseba hore na hantle-ntle ke hobane’ng ha a qosoa ke Bajuda, a laela baprista ba baholo le Lekhotla le Phahameng la Bajuda* hore le bokane. Eaba o tlisa Pauluse ka pel’a bona.+
23 Pauluse a sheba banna ba Lekhotla le Phahameng la Bajuda* a re: “Bo-ntate, esale ke phela ka letsoalo le khutsitseng ka pel’a Molimo+ ho fihlela letsatsing lena.” 2 Eaba Ananiase moprista ea phahameng o laela ba emeng haufi le Pauluse hore ba mo otle molomo. 3 Pauluse a re ho eena: “Molimo o tl’o u otla uena moikaketsi tooe!* U lutse moo hore u nkahlole ka Molao empa uena u tlola Molao ka ho laela hore ke otloe?” 4 Ba emeng pel’a hae ba re: “Na u tiile u rohaka moprista ea phahameng oa Molimo?” 5 Pauluse a re: “Bana beso, ke ne ke sa tsebe hore ke moprista ea phahameng etsoe Mangolo a re, ‘U se ke oa bua ’musi oa sechaba sa heno hampe.’”+
6 Pauluse o ne a tseba hore karolo e ’ngoe ea lekhotla ke Basaduse ha e ’ngoe e le Bafarisi. A bua ka lentsoe le phahameng ka pel’a lekhotla a re: “Bo-ntate, ke Mofarisi,+ le baholo-holo ba ka ke Bafarisi. Ke qosoa hobane ke e-na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha.” 7 Ntho ena eo a e buileng ea tsosa khang lipakeng tsa Bafarisi le Basaduse ’me lekhotla la arohana. 8 Basaduse ba lumela hore ha ho na tsoho kapa mangeloi empa Bafarisi ba lumela hore lintho tsena li teng.+ 9 Ha qhoma khang e chesang lipakeng tsa bona. Ba bang ba bangoli ba sehlopha sa Bafarisi ba bua ba halefile ba re: “Ha ho na ntho e mpe eo motho enoa a e entseng empa haeba moea kapa lengeloi le buile le eena+—.” 10 Ha moferefere oo o eketseha, mookameli oa sesole a tšoha hore ba tla tloha ba bolaea Pauluse eaba o laela hore masole a tlose Pauluse har’a bona a mo ise moo masole a lulang.
11 Bosiung bo hlahlamang, Morena a tla ho Pauluse a re: “E-ba sebete+ hobane joalokaha u ile oa fana ka bopaki bo hlakileng ka ’na Jerusalema, u tla boela u mpakele le Roma.”+
12 Ha bosiu bo e-sa, Bajuda ba etsa ’mommori oa ho bolaea Pauluse ’me ba ikana hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile. 13 Ke banna ba fetang 40 ba neng ba entse kano eo. 14 Banna bao ba ea ho baprista ba baholo le baholo ’me ba re: “Re ikanne hore re ke ke ra ja ho fihlela re bolaile Pauluse. 15 Joale lona le banna ba bang bohle ba lekhotla le joetse mookameli oa sesole hore a tlise Pauluse, le etse eka le batla ho hlahlobisisa nyeoe ea hae. Rona re tla mo bolaea le pele a fihla.”
16 Mochana oa Pauluse a tseba ka morero oa bona eaba o ea bolulong ba masole o tlalehela Pauluse. 17 Pauluse a bitsa molaoli e mong oa sesole eaba o re ho eena: “Isa mohlankana enoa ho mookameli oa sesole hobane ho na le ntho eo a batlang ho mo tlalehela eona.” 18 Kahoo, a mo isa ho mookameli oa sesole eaba o re ho eena: “Motšoaruoa ea bitsoang Pauluse o ile a mpitsa eaba o nkopa hore ke tlise mohlankana enoa ho uena hobane ho na le ntho eo a batlang ho u tlalehela eona.” 19 Mookameli oa sesole a mo hulela ka thoko eaba o re: “Ke’ng eo u batlang ho ntlalehela eona?” 20 A re: “Bajuda ba rerile ho u kopa hore u ise Pauluse Lekhotleng le Phahameng la Bajuda hosane joalokaha eka ba tl’o hlahlobisisa nyeoe ea hae.+ 21 U se ke oa ba lumella hore ba u qhekelle hobane ho na le banna ba fetang 40 ba mo laletseng ’me ba ikanne hore ba ke ke ba ja kapa ba noa ho fihlela ba mo bolaile.+ Hona joale ba se ba ntse ba itokisitse, ba emetse qeto ea hao feela.” 22 Mookameli oa sesole a re ho mohlankana eo: “U se ke oa bolella mang kapa mang hore u mpoleletse taba ena.” Ka mor’a moo, a mo tlohela hore a tsamaee.
23 Mookameli oa sesole a bitsa balaoli ba babeli ba sesole a re ho bona: “Hlophang masole a 200, le hlophe a mang a 70 a palamang lipere le a 200 a tšoarang marumo hore a ee Sesarea ka hora ea borobong* bosiu. 24 Hape, hlophelang Pauluse lipere e le hore a ka fihla ho ’Musisi Felixe a sireletsehile.” 25 Mookameli oa sesole a ngola lengolo le reng:
26 “’Na Claudiase Lisiase, kea u lumelisa Mohlomphehi ea Khabane, ’Musisi Felixe. 27 Monna enoa o ne a tšoeroe ke Bajuda ’me ba ne ba tl’o mo bolaea. Eare ha ke utloa hore ke Moroma,+ ka tla ke potlakile ka masole ho tla mo namolela.+ 28 Kaha ke ne ke batla ho tseba hore na o qosoa ka eng, ka mo isa Lekhotleng la bona le Phahameng.+ 29 Ka fumana ho se letho leo a qosoang ka lona le tšoaneloang ke lefu kapa teronko empa ka fumana hore ba tseka litaba tse amanang le Molao oa bona.+ 30 Ke fumane hore ba ne ba rerile ho mo bolaea.+ Kahoo, ke mo romela ho uena ’me ke laetse batho ba mo qositseng hore ba tlise nyeoe eo ka pel’a hao.”
31 Kahoo, masole a isa Pauluse+ Antipatrise bosiu joalokaha a ne a laetsoe. 32 Ka le hlahlamang, masole a palamang lipere a fetela pele le Pauluse, a mang ’ona a khutlela moo masole a lulang. 33 Masole ao a fihla Sesarea, a fa ’musisi lengolo a ba a siea Pauluse ho eena. 34 ’Musisi a le bala eaba oa botsa hore na Pauluse o tsoa profinseng efe. A utloa hore o tsoa Silisia.+ 35 A re: “Ke tla mamela nyeoe ea hao ha batho ba u qosang ba fihla.”+ A laela hore a lebeloe ka phaleising ea Heroda.
24 Ka mor’a matsatsi a mahlano, moprista ea phahameng Ananiase+ a tla le baholo ba bang le Tertulase oa akhente* eaba ba qosa Pauluse ka pel’a ’musisi.+ 2 Ha Tertulase a fuoa monyetla oa ho bua, a qosa Pauluse a re:
“Mohlomphehi ea Khabane Felixe, re phela ka khotso ka lebaka la hao hape re bona lintlafatso sechabeng sena hobane u e-na le chebelo-pele. 3 Hohle moo re leng teng Mohlomphehi ea Khabane Felixe, re lula re ananela lintho tsena kaofela. 4 Empa e le hore ke se ke ka u senyetsa nako, ke kopa u be mosa ho rona u re lumelle hore re teke taba ea rona ka bokhutšoanyane. 5 Re fumane monna enoa e le motho ea kotsi haholo*+ a bile a hlohlelletsa+ Bajuda lefatšeng lohle hore ba fetohele ’muso. Ke moeta-pele oa lequloana la Banazaretha.+ 6 O ile a ba a leka ho silafatsa tempele eaba rea mo tšoara.+ 7* —— 8 Ha u ka mo hlahloba, u tla fumana hore lintho tsena tsohle tseo re mo qosang ka tsona ke ’nete.”
9 Bajuda le bona ba mo tlatsa, ba re lintho tsena ke ’nete. 10 ’Musisi a qhoaea Pauluse ka hlooho hore a bue. Pauluse a re:
“Ke tseba hantle hore u bile moahloli sechabeng sena ka lilemo tse ngata. Kahoo, ke thabela* ho ipuella ka pel’a hao.+ 11 Ha u ka etsa lipatlisiso, u tla fumana hore ha ho e-s’o fete le matsatsi a 12 ho tloha ha ke ne ke ea Jerusalema ho ea rapela.+ 12 Ha baa ka ba mphumana ke phehile khang le mang kapa mang ka tempeleng kapa ke ferekanya batho, ebang ke ka matlung a thapelo* kapa motseng oohle. 13 Ba ke ke ba khona ho paka hore lintho tseo ba nqosang ka tsona ke ’nete. 14 Empa kea u bolella hore tsela ena eo ba e bitsang lequloana, ke tsela eo ke sebeletsang Molimo oa baholo-holo ba ka ka eona+ kaha ke lumela lintho tsohle tse hlahang Molaong le libukeng tsa Baprofeta.+ 15 Ke na le tšepo eo batho bana le bona ba nang le eona ea hore Molimo o tla tsosa+ batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.+ 16 Ka lebaka leo, ke lula ke loanela ho ba le letsoalo le khutsitseng* ka pel’a Molimo le batho.+ 17 Ka mor’a lilemo tse ngata ke ile ka fihla Jerusalema, ka tlisa lithuso+ ho batho ba sechaba sa heso le ho etsa linyehelo. 18 Ha ke ntse ke etsa lintho tsena, ba ile ba mphumana ka tempeleng ke hloekile ho ea ka Molao.+ Ha baa ka ba mphumana ke e-na le letšoele la batho kapa ke entse moferefere. Ho ne ho e-na le Bajuda ba tsoang profinseng ea Asia 19 ba neng ba tšoanela hore ebe ba teng mona e le hore ba nqose ka pel’a hao haeba ho e-na le ntho eo ba nqosang ka eona.+ 20 Kapa le bona bana ba teng ba hle ba bolele hore na ba mphumane ke le molato oa eng ka Lekhotleng le Phahameng la Bajuda.* 21 Ba ka nqosa ka ntho ena e le ’ngoe eo ke ileng ka e bua ke eme ka pel’a bona ha ke re: ‘Kajeno ke qosoa hobane ke e-na le tšepo ea hore bafu ba tla tsoha.’”+
22 Kaha Felixe o ne a tseba litaba tse amanang le Tsela ea Morena hantle,+ o ile a chechisa nyeoe ea banna bana a re: “Hang ha Lisiase mookameli oa sesole a fihla, ke tla etsa qeto ka litaba tsena tsa lona.” 23 A laela molaoli oa sesole hore a koalle Pauluse empa a fuoe bolokolohi bo itseng le hore a lumelle metsoalle ea hae ho mo thusa ka lintho tseo a li hlokang.
24 Ka mor’a matsatsi a seng makae, Felixe a fihla le mosali oa hae oa Mojuda Drusila. A bitsa Pauluse eaba oa mo mamela ha a ntse a hlalosa hore na ho lumela ho Jesu ho bolela’ng.+ 25 Eitse ha Pauluse a bua ka lintho tse nepahetseng, boitšoaro le ka nako eo Molimo a tla ahlola batho,+ Felixe a tšoha eaba o re: “Tsamaea, ha ke fumana monyetla ke tla u bitsa hape.” 26 O ne a boetse a tšepile hore Pauluse o tla mo fa tjotjo. Kahoo, o ne a mo bitsa khafetsa hore a tl’o bua le eena. 27 Ka mor’a lilemo tse peli, Felixe a hlahlangoa ke Porkiase Festase. Kaha Felixe o ne a batla ho khahlisa Bajuda,+ a siea Pauluse a koaletsoe.
25 Festase+ a fihla profinseng ea Judea ’me a nka puso. Ka mor’a matsatsi a mararo a tloha Sesarea a ea Jerusalema. 2 Baprista ba baholo le Bajuda ba bang ba hlaheletseng ba mo bolella lintho tseo ba qosang Pauluse ka tsona.+ Ba kopa Festase 3 hore a romele Pauluse Jerusalema. Empa ba ne ba batla ho mo lalla tseleng ebe baa mo bolaea.+ 4 Festase a re Pauluse o tlameha ho koalloa Sesarea le hore eena o ne a tl’o khutlela teng haufinyane. 5 A re: “E-reng baeta-pele ba lona ba tsamaee le ’na ba e’o mo qosa haeba ehlile ho e-na le ntho e phoso eo a e entseng.”+
6 Ka mor’a ho qeta matsatsi a ka bang robeli kapa leshome a e-na le bona, a ea Sesarea. Letsatsing le hlahlamang, a lula setulong sa kahlolo eaba o laela hore Pauluse a tlisoe. 7 Ha a fihla, Bajuda ba tsoang Jerusalema ba mo pota-pota, ba mo qosa ka lintho tse ngata tse kholo tseo ba neng ba sitoa ho li paka.+
8 Ha Pauluse a itšireletsa a re: “Ha kea tlola Molao oa Bajuda kapa oa tempele ebile ha kea siteloa Sesare.”+ 9 Kaha Festase o ne a batla ho khahlisa Bajuda,+ a re ho Pauluse: “Na u batla ho ea Jerusalema u e’o ahloleloa lintho tsee u le hona teng?” 10 Pauluse a re: “Ke eme ka pel’a setulo sa kahlolo sa Sesare moo ke tšoanelang ho ahloleloa teng. Le uena oa bona hore ha kea fosetsa Bajuda. 11 Haeba ke hlile ke le molato ’me ke entse ntho e tšoaneloang ke lefu,+ ha ke hane hore ke bolaoe. Le teng haeba lintho tseo banna bana ba nqosang ka tsona e se ’nete, ha ho na motho ea nang le tokelo ea ho fana ka ’na ho bona hore feela a ba khahlise. Ke ipiletsa ho Sesare.”+ 12 Ka mor’a hore Festase a bue le sehlopha sa baeletsi, a re: “Kaha u ipilelitse ho Sesare, u tla ea ho Sesare.”
13 Ka mor’a matsatsi a itseng, Morena Agripa le Bernise ba fihla Sesarea ho tla lumelisa Festase. 14 Kaha ba ile ba qeta matsatsi a mangata moo, Festase a bolella morena ka nyeoe ea Pauluse a re:
“Ho na le monna eo Felixe a mo siileng a koaletsoe. 15 Ha ke le Jerusalema, baholo ba Bajuda le baprista ba baholo ba ile ba tla ho ’na ba mo qosa,+ ba kopa hore a ahloloe. 16 Empa ka ba bolella hore ka tloaelo Baroma ha ba fane ka moqosuoa pele a kopana le baqosi ba hae ’me a fumana monyetla oa ho ipuella.+ 17 Kahoo, ha re fihla mona ha kea ka ka senya nako, ka le hlahlamang ka lula setulong sa kahlolo eaba ke laela hore monna eo a tlisoe. 18 Baqosi ba ema ba mo qosa empa ba ne ba sa mo qose ka lintho tse mpe tseo ke neng ke nahana hore ba tla mo qosa ka tsona.+ 19 Ba ne ba mpa ba mo qosa ka litaba tse amanang le bolumeli ba bona+ le monna e mong ea bitsoang Jesu, ea neng a shoele empa Pauluse a ntse a re oa phela.+ 20 Kaha ke ne ke sa tsebe hore na ke sebetse nyeoe ena joang, ka mo botsa hore na o batla ho ea Jerusalema a e’o ahloleloa lintho tsena hona teng.+ 21 Pauluse a kopa ho lula litlamong a emele qeto ea Motlotlehi*+ eaba ke laela hore a lule ho fihlela ke mo romela ho Sesare.”
22 Agripa a re ho Festase: “Ke utloa ke batla ho utloa monna enoa.”+ Festase a re: “U tla mo utloa hosane.” 23 Ka le hlahlamang, Agripa le Bernise ba fihla ka boikhohomoso bohle ’me ba kena ka holong le baokameli ba sesole le banna ba hlaheletseng ba motse. Festase a laela hore Pauluse a tlisoe. 24 Festase a re: “Morena Agripa le lona bohle ba teng mona, lea mo bona monna enoa eo Bajuda bohle ba Jerusalema le ba mona ba ipilelitseng ho ’na ka eena, ba re ha a sa tšoaneloa ke ho phela.+ 25 Empa ke ile ka hlokomela hore ha aa etsa letho le tšoaneloang ke lefu.+ Kahoo, eitse ha a ipiletsa ho Motlotlehi, ka etsa qeto ea ho mo romela ho eena. 26 Empa ha ke na letho le tiileng leo nka le ngollang Moren’a ka ka eena. Kahoo, ke mo tlisitse ka pel’a lona kaofela, haholo-holo ka pel’a hao Morena Agripa, e le hore ka mor’a hore le mamele nyeoe ena ea hae, nka ba le ntho eo nka e ngolang. 27 Ke bona e se ntho e utloahalang hore ke romele motšoaruoa empa ke sa bolela hore na o qosoa ka’ng.”
26 Agripa+ a re ho Pauluse: “U ka ipuella.” Pauluse a phahamisa letsoho eaba oa ipuella o re:
2 “Morena Agripa, ke thabile hore ebe ke ipuella ka pel’a hao letsatsing lena ka lintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona,+ 3 haholo hobane u setsebi sa meetlo le likhang tsohle tsa Bajuda. Ka hona, ke kopa u ’mamele u sa fele pelo.
4 Bophelo boo esale ke bo phela ho tloha bocheng har’a sechaba sa heso le Jerusalema, bo tsejoa ke Bajuda bohle+ 5 ba neng ba tloaelane le ’na. Haeba ba rata ba ka paka hore ke ne ke le har’a lequloana la Bafarisi+ e leng lequloana le phethang Melao ea lona ka botlalo ho feta Bajuda ba bang.+ 6 Empa hona joale ke qosetsoa ho lumela tšepiso eo Molimo a e etselitseng baholo-holo ba rona.+ 7 Maloko a 12 a Iseraele a sebeletsa Molimo bosiu le motšehare hobane a lumela hore tšepiso ena e tla phethahala. Ke qosetsoa ho lumela tšepiso ena+ Morena.
8 Hobane’ng ha le utloa e le ntho e ke keng ea etsahala hore Molimo a tsose bafu? 9 Le ’na ke ne ke nahana hore ho nepahetse ho loantša mang kapa mang ea rutang ka lebitso la Jesu oa Monazaretha. 10 Ke eona ntho eo ke neng ke e etsa Jerusalema. Kaha ke ne ke fuoe matla ke baprista ba baholo,+ ke ne ke koalla barutuoa ba Jesu* literonkong.+ Ke ne ke tšehetsa qeto ea hore ba bolaoe. 11 Hangata ke ne ke ea matlong a thapelo,* ke ba hlorisa, ke leka ho ba lahlisa tumelo ea bona. Ke ne ke ba halefetse hoo ke neng ke ba hlorisa le metseng e meng.
12 Ka oona morero oo, ke ne ke e-ea Damaseka ke fuoe matla le taelo ea ho etsa joalo ke baprista ba baholo. 13 Joale Morena, har’a mpa ea motšehare ha ke le tseleng, ka bona khanya e fetang ea letsatsi e tsoang leholimong e mpotoloha le batho bao ke neng ke tsamaea le bona.+ 14 Ra oela fatše kaofela eaba ke utloa lentsoe le re ho ’na ka puo ea Seheberu: ‘Saule, Saule, ekaba u ntlhorisetsa’ng? U ithatafaletsa bophelo ka ho ntoantša.’* 15 Ka re: ‘U mang Morena?’ Eaba o re: ‘Ke ’na Jesu eo u mo hlorisang. 16 Ema hobane ke u khethile hore u be mohlanka oa ka le hore u pake lintho tseo u li boneng le tseo ke tla u bontša tsona. Ke itlhahisitse ho uena ka lona lebaka lena.+ 17 Ke tla u pholosa ho Bajuda le ho batho ba lichaba tse ling bao ke u romelang ho bona.+ 18 Ke u romela hore u tutubolle mahlo a bona,+ u ba tlose lefifing+ u ba ise leseling+ le hore u ba tlose taolong ea Satane+ u ba ise ho Molimo. Kahoo, Molimo o tla ba tšoarela libe+ ’me ha ba lumela ho ’na, o tla ba hlohonolofatsa a be a ba halaletse.’*
19 Morena Agripa, ke ile ka mamela litaelo tseo Jesu a mphileng tsona ha a hlaha ho ’na a le leholimong. 20 Ke ile ka qala Damaseka,+ ha ke tloha ka ea Jerusalema+ eaba ke tsamaea hohle Judea ka ba ka fihla le ho batho ba lichaba, ke ntse ke bolella batho hore ba bake le ho sebeletsa Molimo ’me ba bontše ka liketso hore ba bakile.+ 21 Ke eona ntho e entseng hore Bajuda ba ntšoare ka tempeleng ba be ba leke ho mpolaea.+ 22 Empa Molimo o nthusitse hore ebe ho fihlela kajeno ke ntse ke bolella batho ba maemo a tlase le a holimo litaba tse monate tsa ’Muso oa hae. Ntho feela eo ke e bolellang batho ke litaba tseo Molao oa Moshe le libuka tsa Baprofeta li itseng li tla etsahala+ 23 e leng hore Kreste o ne a tla hlorisoa+ le hore kaha ke eena oa pele oa ho tsosoa bafung,+ o tla bolella batho ba sechaba sena le ba lichaba tse ling ka leseli.”+
24 Ha Pauluse a ntse a ipuella, Festase a phahamisa lentsoe a re: “Oa hlanya Pauluse! Thuto ena e ngata ea u hlantša!” 25 Pauluse a re: “Ha ke hlanye Mohlomphehi ea Khabane Festase, ke bua ’nete ebile ke bua litaba tse nang le kelello. 26 Le eena morena o li tseba hantle litaba tsena ’me ke mo bolella tsona ke sa tšabe letho. Ke kholisehile hore ha ho le e ’ngoe ea lintho tsena e mo siretseng hobane ha lia etsetsoa sephiring.+ 27 Morena Agripa, na u lumela Baprofeta? Kea tseba hore oa ba lumela.” 28 Agripa a re ho Pauluse: “Lipuo tsa hao li matla hoo u neng u ka ntšusumeletsa ho ba Mokreste ka nako e khutšoanyane.” 29 Pauluse a re: “Ke rapela Molimo hore ebang ke ka nako e khutšoanyane kapa e telele, uena le bohle ba ’mametseng kajeno le tšoane le ’na empa ha ke batle hore le iphumane le fasitsoe ka liketane joaloka ’na tjena.”
30 Morena Agripa, ’Musisi Festase, Bernise le banna ba lutseng le bona ba ema. 31 Eare ha ba tloha ba buisana ba re: “Motho enoa ha a etsa letho le tšoaneloang ke lefu kapa teronko.”+ 32 Agripa a re ho Festase: “Hoja monna enoa ha aa ipiletsa ho Sesare, a ka be a lokolotsoe.”+
27 Kaha ho ne ho entsoe qeto ea hore re ee Italy ka sekepe,+ ba siea Pauluse le batšoaruoa ba bang matsohong a molaoli oa sesole ea bitsoang Juliase oa sehlopha sa Augustase. 2 Ra palama sekepe se tsoang Adramithiame se neng se ea libakeng tse pel’a lebopo la profinse ea Asia. Re ne re tsamaea le Aristakase+ ea tsoang Thesalonika, seterekeng sa Macedonia. 3 Ka le hlahlamang, ra ema Sidone. Juliase a ba mosa ho Pauluse, a mo lumella ho ea ho metsoalle ea hae e le hore e mo hlokomele.
4 Ra tloha moo ka sekepe, ra iphaphatha ka sehlekehleke sa Saeprase hobane ho ne ho e-na le moea o matla. 5 Ra tsamaea re iphaphathile ka Silisia le Pamfilia eaba re ema koung ea Mira e Licia. 6 Ha re fihla moo, molaoli oa sesole a fumana sekepe se tsoang Alexandria se neng se ea Italy eaba o re palamisa sona. 7 Ra qeta matsatsi a mangata re ntse re tsamaea butle ka sekepe, ra fihla Kinidase ka thata. Moea o ne o le matla hoo re neng re sitoa ho ea pele. Kahoo, ra tsamaea re iphaphathile ka Salmone e sehlekehlekeng sa Kreta. 8 Ra tsamaea pel’a lebopo moo ka thata ra ba ra fihla sebakeng se bitsoang Kou e Ntle, se neng se le pel’a motse oa Lasea.
9 Ho ne ho se ho fetile matsatsi a mangata ’me ho se ho le kotsi ho tsamaea ka sekepe hobane Letsatsi la Sehlabelo sa ho Tšoareloa Libe+ leo ka lona ho neng ho itingoa lijo, le ne le se le fetile. Kahoo, Pauluse a ba eletsa 10 a re: “Bo-ntate, ke bona hore ha re ka ea pele re tla senyeheloa ke sekepe le thepa re be re shoe.” 11 Empa molaoli oa sesole a khetha ho mamela motsamaisi oa sekepe le mong’a sekepe ho e-na le ho mamela Pauluse. 12 Kaha kou eo e ne e se maemong a matle bakeng sa hore re qete mariha moo, batho ba bangata ba lumellana le hore sekepe se tlohe moo ba tšepile hore ba tla qeta mariha Finixe. Finixe ke boema-kepe bo Kreta bo shebileng ka leboea-bochabela le ka boroa-bochabela.
13 Ha ho e-ba le moea o fokang hasesaane o hlahang ka boroa, ba nahana hore ba tla fihla Finixe. Kahoo ba nyolla ankora, ba tsamaisa sekepe ba iphaphathile ka lebopo la Kreta. 14 Empa ka mor’a nako e khutšoanyane, ha e-ba le sefefo se matla se tsoang ka leboea-bochabela.* 15 Moea oo o ile oa fefola sekepe hampe hoo se ileng sa sitoa ho ea pele. Kahoo, ra se tlohela hore se khannoe ke moea. 16 Ra tsamaea re iphaphathile ka sehlekehleke se senyenyane se bitsoang Kauda empa ho ne ho le thata ho laola seketsoana* seo re neng re ntse re se hula. 17 Ba nyollela seketsoana ka sekepeng eaba ba fasa sekepe ka liropo e le hore se se ke sa petsoha ka lehare. Kaha ba ne ba tšaba ho qaoa* lehlabatheng,* ba theola lintho tse tšehelitseng liseile eaba sekepe se khannoa ke moea. 18 Kaha sefefo se ne se tsukutla sekepe ka matla, ka le hlahlamang ba lahla lintho tse ling tse neng li le ka sekepeng e le ho fokotsa boima. 19 Ka letsatsi la boraro ba lahla liropo tsa seile.
20 Kaha leholimo ha lea ka la apoha* ka matsatsi a mangata ’me sefefo se matla se ne se ntse se re tsukutla, ra felloa ke tšepo ea hore re tla pholoha. 21 Batho ba ne ba qetile nako e telele ba sa je. Kahoo, Pauluse a ema eaba o re ho bona: “Bo-ntate, hoja le ’mametse ka hore le se ke la tloha Kreta, le ka be le sa lahleheloa hakana.+ 22 Empa le se ke la tšoha hobane ha ho motho ea tla shoa, ke sekepe feela se tla soahlamana. 23 Lengeloi+ la Molimo oa ka eo ke mo sebeletsang le ile la fihla ho ’na bosiung bona 24 la re: ‘Pauluse, u se ke oa tšoha. U tla fihla ka pel’a Sesare.+ Molimo o tla u pholosa le batho bohle bao u tsamaeang le bona ka sekepe.’ 25 Kahoo bo-ntate, le se ke la tšoha hobane ke lumela hore Molimo o tla etsa feela joalokaha ke boleletsoe. 26 Leha ho le joalo, sekepe sa rona se tla soahlamana lebopong la sehlekehleke se seng.”+
27 Ha re se re qetile matsatsi a 14 re ntse re tsukutloa ke sefefo leoatleng la Adria, har’a mpa ea bosiu basesisi ba sekepe ba belaela hore re haufi le lebopo le leng. 28 Ba metha botebo ba leoatle eaba ba fumana e le limithara tse ka bang 36.* Ha ba le pejana ba metha hape ’me ba fumana botebo e le limithara tse ka bang 27.* 29 Kaha ba ne ba tšohile hore sekepe se tla thula mafika, ba lahlela liankora tse ’nè ka leoatleng ba le karolong e ka morao ea sekepe. Ba ne ba lakatsa eka e ka ba motšehare. 30 Basesisi ba theolela seketsoana ka leoatleng ba etsa eka ba batla ho theola liankora tse karolong e ka pele ea sekepe, athe ba batla ho baleha. 31 Pauluse a re ho molaoli oa sesole le masole: “Haeba banna bana ba ka tsoa ka sekepeng le ke ke la pholoha.”+ 32 Masole a khaola liropo tse tšoereng seketsoana eaba sea oa.
33 Ha bosiu bo se bo tla sa, Pauluse a khothaletsa bohle hore ba je. A re: “Lena ke letsatsi la bo14 le letile ’me ha le e-s’o je ho hang. 34 Ke le khothaletsa ho ja hobane ho etsa joalo ho molemong oa lona. Ha ho le ea mong oa lona ea tla tsoa kotsi.”* 35 Ha a qeta ho cho joalo a nka bohobe, a leboha Molimo ka pel’a bona kaofela, a bo qhetsola eaba oa ja. 36 Kaofela ba khothala eaba baa ja. 37 Re ne re le 276 ka sekepeng. 38 Ha ba se ba khotše, ba lahlela koro ka leoatleng e le ho fokotsa boima ba sekepe.+
39 Ha e e-ba motšehare ba bona lebopo empa ba ne ba sa tsebe hore na ba hokae.+ Ba ne ba batla ho isa sekepe lebopong leo haeba ba ne ba ka khona. 40 Kahoo, ba khaola liropo tse fasitseng liankora eaba li oela ka leoatleng. Hape ba fasolla liropo tsa masokoana, ba nyollela seile e ka pele moeeng eaba ba leba lebopong. 41 Sekepe sa khitla lehlabathe le ka leoatleng ka karolo e ka pele eaba sea qaoa. Maqhubu a roba karolo e ka morao ea sekepe likoto.+ 42 Masole a ne a batla ho bolaea batšoaruoa e le hore ba se ke ba sesetsa lebopong ebe baa baleha. 43 Molaoli oa sesole eena o ne a batla ho pholosa Pauluse eaba oa ba hanela. A re ba khonang ho sesa ba itahlele ka metsing ba sesetse lebopong. 44 A re ba bang kaofela ba latele ba le holim’a mapolanka le likarolo tse ling tsa sekepe tse robehileng. Batho bohle ba fihla lebopong ba sireletsehile.+
28 Ha re se re fihlile lebopong re sireletsehile, ra tseba hore sehlekehleke seo se bitsoa Malta.+ 2 Batho ba moo ba ile ba e-ba mosa haholo ho rona. Ba ile ba re amohela ka mofuthu ’me ba re besetsa mollo hobane ho ne ho bata ebile pula e na. 3 Ha Pauluse a bokella ngata ea patsi a e beha mollong, noha ea marabe ea tsoa ka lebaka la mocheso eaba e ithatela letsohong la hae. 4 Ha batho bao ba moo ba bona noha eo e chefo e leketlile letsohong la hae, ba buisana ba re: “E tlameha ebe motho enoa ke ’molai. Leha e le mona a fihlile lebopong a sireletsehile, Toka* ha ea mo lumella hore a ’ne a phele.” 5 A hlohlorela noha eo mollong eaba ha e mo ntše kotsi. 6 Ba ne ba lebeletse hore a ruruhe kapa a oele fatše hang-hang a shoe. Ba ema nako e telele eaba ha ba bona ho se na letho le kotsi le mo etsahallang, ba fetola maikutlo ba re ke molimo.
7 Haufi le moo, ho ne ho e-na le masimo a morena oa sehlekehleke seo ea bitsoang Pabliase. O ile a re amohela ka mofuthu ’me a re fa bolulo ka matsatsi a mararo. 8 Ntate oa Pabliase o ne a robetse a tšoeroe ke feberu le letšollo. Pauluse a ea ho eena a mo rapella, a mo beha matsoho eaba oa mo folisa.+ 9 Ka mor’a moo, batho ba bang kaofela ba sehlekehlekeng seo ba neng ba kula le bona ba tla ho eena eaba oa ba phekola.+ 10 Ba re leboha ka limpho tse ngata ’me ha re se re tsamaea ka sekepe, ba re fa lintho tsohle tseo re li hlokang.
11 Re ile ra qeta likhoeli tse tharo re le sehlekehlekeng seo eaba re tsamaea ka sekepe se nang le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse.” Sekepe seo se ne se tsoa Alexandria ’me se ne se qetile mariha se le sehlekehlekeng seo. 12 Se ile sa ema koung ea Saerakuse eaba re lula moo matsatsi a mararo. 13 Ha re tloha moo ra ea Regiame. Ka le hlahlamang, ha foka moea o hlahang ka boroa ’me ra fihla Puteoli ka letsatsi la bobeli. 14 Ha re fihla ra fumana bana ba bo rona ’me ba re kopa hore re lule le bona matsatsi a supileng. Ka mor’a moo ra ea Roma. 15 Ha bana ba bo rona ba Roma ba utloela ka rona, ba re khahlanyetsa ’Marakeng oa Apiase le Matlong a Mararo a Baeti. Ha Pauluse a ba bona, a leboha Molimo ’me a khothala.+ 16 Ha re fihla Roma, Pauluse a lumelloa ho lula a le mong le lesole le mo katileng.
17 Ka mor’a matsatsi a mararo a bitsa banna ba hlaheletseng ba Bajuda. Ha ba se ba tlile a re ho bona: “Bana beso, le hoja ke sa siteloa sechaba kapa ka etsa letho le khahlanong le litloaelo tsa baholo-holo ba rona,+ ke ile ka tlosoa Jerusalema ke le motšoaruoa ’me ka isoa ho Baroma.+ 18 Ka mor’a hore ba hlahlobe nyeoe ea ka,+ ba ne ba batla ho ntokolla kaha ho ne ho se na mabaka a hore ke bolaoe.+ 19 Ha Bajuda ba hana, ka tlameha ho ipiletsa ho Sesare+ empa eseng hobane ke batla ho qosa sechaba sa heso. 20 Ke lona lebaka le entseng hore ke kope hore le tle ke tl’o bua le lona kaha ke fasitsoe ka liketane tjena ka lebaka la tšepo eo esale Baiseraele ba e-na le eona.”+ 21 Ba re: “Ha re e-s’o fumane mangolo a buang ka uena a tsoang Judea, le bana ba bo rona ba tsoang moo ha baa bua letho le lebe ka uena. 22 Empa re batla ho utloa hore na uena u re’ng hobane rea tseba hore lequloana lena+ le buuoa hampe hohle.”+
23 Ba khetha letsatsi leo ba tla tla ho eena ka lona ’me ba tla ho eena ka bongata moo a lulang. A ba hlalosetsa litaba tsa hae ka ho ba fa bopaki bo hlakileng ka ’Muso oa Molimo, a ba susumetsa ka Molao oa Moshe+ le ka litaba tsa Baprofeta+ hore ba lumele ho Jesu.+ 24 Ba bang ba lumela lintho tseo a li buang empa ba bang ha baa ka ba lumela. 25 Kaha ba ne ba sa lumellane, ba tsamaea eaba Pauluse o re:
“Moea o halalelang o ne o nepile ha o tla bua mantsoe ana ao moprofeta Esaia a ileng a a bolella baholo-holo ba lona a reng, 26 ‘E-ea ho batho bana u re: “Ho utloa le tla utloa empa ho hang le ke ke la utloisisa. Ho sheba le tla sheba empa ho hang le ke ke la bona.+ 27 Batho bana ba lihlooho* li thata. Ka litsebe ba utloile empa ba se ke ba araba. Ba koetse mahlo ebile ba ithibile litsebe e le hore le ka mohla ba se ke ba bona le ho utloa. Ke kahoo ba sa utloisiseng* hore na ba lokela ho etsa’ng ebile ba sa khutlele ho ’na e le hore nka ba folisa.”’+ 28 Ka hona, le tsebe hore molaetsa oa tsela eo Molimo a pholosang batho ka eona o phatlalalitsoe lichabeng+ ’me li tla o mamela.”+ 29* ——
30 Pauluse o qetile lilemo tse peli a lula ntlong eo a e hirileng+ ’me o ne a amohela batho bohle ba tlang ho eena, 31 a ba bolella ka ’Muso oa Molimo le ho ruta ka Morena Jesu Kreste ka sebete+ a sa sitisoe ke letho.
Ka Segerike: “bohole ba leeto la letsatsi la Sabatha.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ba noele veine e monate.”
Ka Segerike: “hora ea boraro.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ipiletsang.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa mohlomong: “litlamong.”
Kapa: “Jehova o lula a le ka pel’a mahlo a ka.” Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “leleme la ka la thaba haholo.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ea tsoang lethekeng la hae.”
Kapa: “Hadese.” Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “e le hore linako tse khathollang li ka tla ho tsoa ho Jehova.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “Malapa.”
Ka Segerike: “peo.”
Kapa: “la bohlokoa.” Ka Segerike: “hlooho ea sekhutlo.”
E leng hore ha baa ea likolong tsa bo-rabi, eseng hore ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola.
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “Kreste oa hae.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ba e-na le pelo e le ’ngoe le moea o le mong.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a ba mosa haholo ho bona.” Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Kapa: “sefateng.”
Kapa: “ba hlabeha.”
Ka Segerike: “Sinagoge.”
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Ka Segerike: “peo.”
Ka Segerike: “peo.”
Kapa mohlomong: “a etsa ntho e tšoanang ka.”
Kapa: “o ne a le motle ho Molimo.”
Ka Segerike: “a rupeloa ka bohlale bohle ba Baegepeta.”
Kapa: “ha fihla pelong ea hae.”
Kapa: “hlahloba.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “meqathatso.”
Ka Segerike: “tente ea bopaki.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “ekileng.”
Kapa: “ba hlabeha.”
Ka Segerike: “moea.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “nyooko e babang.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “Kandase.” Tlotla ena e ne e fuoa mafumahali a mang a Ethiopia.
Sheba Ntlha ea A3.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Kapa: “ipiletsang.”
Ka Segerike: “monna enoa ke sejana seo ke se khethileng.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Ka Segerike: “ka tšabo ea Jehova.” Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Lebitso la Segerike, Dorkase le la Searame Tabitha, ka bobeli a bolela “Tšephe.”
O ne a laola masole a lekholo.
Lebotho la Roma le nang le masole a 600.
Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Ka Segerike: “hora ea botšelela.”
Ka Segerike: “sejana sa mofuta o itseng.”
Ka Segerike: “sejana.”
Ka Segerike: “hora ea borobong.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “khetholle.”
Kapa: “Lentsoe.”
Kapa: “sefateng.”
Ka Segerike: “maleme.”
Kapa: “loantša.”
Ka Segerike: “sejana sa mofuta o itseng.”
Kapa: “thibele.”
Ka Segerike: “ba thola.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “meqathatso.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “a batla ho loantša.”
Ka Segerike: “kamore ea ho robala ea morena.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “lisinagogeng tsa Bajuda.”
’Musi oa setereke oa Roma. Sheba Tlhaloso.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “sinagoge.”
Ka Segerike: “peong.”
Ka Segerike: “meqathatso.”
Kapa: “sefateng.”
Kapa: “lebitleng la khopotso” e leng batho bao Molimo a ntseng a ba hopola.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ea tšepahala.”
Kapa: “a etsa thato ea Molimo.”
Ka Segerike: “sinagoge.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ho hlohlora lerole maotong ho ne ho bontša hore motho o re ha a ikarabelle bakeng sa ntho e itseng.
Ka Segerike: “sinagogeng ea Bajuda.”
Kapa: “ba hloee barutuoa.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “ba ka behoa mohaung oa Molimo.”
Kapa: “pheha khang.”
Mokhoa o mong oa ho bitsa Simone Petrose.
Kapa: “tente; lephephe.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “qeto.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “tse bolailoeng li sa tšolloa mali.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “tse bolailoeng li sa tšolloa mali.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Bophelo bo botle ho lona.”
Sheba Ntlha ea A3.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “a bula pelo ea hae.”
Sheba Ntlha ea A5.
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “nyeoe ea rona e e-s’o buuoe.”
Ka Segerike: “sinagoge ea Bajuda.”
Kapa: “ba ntše beile.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Kapa: “ba etetseng.”
Kapa: “behelane mabaka le bona.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
’Musi oa setereke oa Roma. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Sheba Ntlha ea A5.
Ho bonahala a ile a ea Jerusalema.
Sheba Ntlha ea A5.
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Ka Segerike: “sinagogeng.”
Sheba Ntlha ea A5.
’Musi oa setereke oa Roma. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “a qhetsola bohobe.”
Kapa: “ba sa nyaloang.”
Kapa: “utloisa pelo ea ka bohloko?”
Ka Segerike: “ra thola.”
Sheba Ntlha ea A5.
Kapa: “tse bolailoeng li sa tšolloa mali.”
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “moahi oa Roma.”
Kapa: “nyeoe ea hae e e-s’o buuoe?”
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Kapa: “lerako le soeufalitsoeng.”
Ka Segerike: “hora ea boraro.”
Kapa: “sebui sa phatlalatsa.”
Kapa: “ea likhathatso.” Ka Segerike: “lefu la seoa.”
Sheba Ntlha ea A3.
Ka Segerike: “ha ke tsila-tsile.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “ho hloka molato.”
Ka Segerike: “Sanhedrine.”
Ke tsela eo moemphera oa Roma a neng a bitsoa ka eona.
Ka Segerike: “bahalaleli.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Ka Segerike: “raha litsenene.”
E leng ho ba khethela ho etsa mosebetsi o halalelang.
Ka Segerike: “se bitsoang Euroakuilo.”
Se ne se ka sebelisoa ho pholosa batho.
Ho boleloa hore sekepe se ne se tla khitla fatše lehlabatheng ebe se sitoa ho ea pele.
Ka Segerike: “Siretise.” Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ha rea ka ra bona letsatsi kapa linaleli.”
Kapa: “lifathome tse 20.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “lifathome tse 15.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “ha ho moriri le o mong oa lihlooho tsa lona o tla timela.”
Ka Segerike ke Di′ke. Mohlomong e bolela molimotsana oa boiphetetso ea phethang toka kapa ho buuoa ka toka e mothofalitsoe.
Kapa: “lipelo.”
Kapa: “lipelo tsa bona li sa utloisiseng.”
Sheba Ntlha ea A3.