JEREMIA
1 Ana ke mantswe a Jeremia* mora wa Hilkia, e mong wa baprista ba neng ba le Anathothe+ naheng ya Benjamine: 2 Jehova o ile a bua le nna mehleng ya Josiase+ mora wa Amone,+ morena wa Juda, ka selemo sa bo13 sa puso ya Josiase. 3 A boela a bua le nna mehleng ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, ho fihlela qetellong ya selemo sa bo11 sa puso ya Tsedekia+ mora wa Josiase, morena wa Juda, ho fihlela Jerusalema e haptjwa ka kgwedi ya bohlano.+
4 Jehova a re ho nna:
5 “Ke o tsebile* le pele o eba teng,+
Ka o halaletsa* pele o hlaha.*+
Ke o entse moprofeta ho ditjhaba.”
7 Yaba Jehova o re ho nna:
“O se ke wa re: ‘Ke sa le moshanyana.’
O lokela ho ya ho bohle bao ke o romang ho bona,
O bue ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang yona.+
9 Jehova a otlolla letsoho la hae mme a thetsa molomo wa ka.+ Yaba Jehova o re ho nna: “Ke behile mantswe a ka molomong wa hao.*+ 10 Letsatsing lena, ke o behile hore o okamele ditjhaba le mebuso, o fothole le ho heletsa, o qhaqhe le ho fedisa, o hahe le ho hloma.”+
11 Jehova a boela a re ho nna: “O bonang Jeremia?” Ka re: “Ke bona lekala la sefate sa almonde.”*
12 Jehova a re ho nna: “O bone hantle, etswe ke fadimehile ebile ke malalaalaotswe ho phetha lentswe la ka.”
13 Jehova a re ho nna ka lekgetlo la bobedi: “O bonang?” Ka hoo ka re: “Ke bona pitsa* e belang mme molomo wa yona o sekame o furaletse leboya.” 14 Yaba Jehova o re ho nna:
“Tlokotsi e tla hlaha e tswa leboya,
E hlahele baahi bohle ba naha.+
15 Jehova o re: ‘Ke laela malapa ohle a mebuso ya leboya hore a tle.+
Le leng le le leng le tla beha terone ya lona
Dikeiting tsa Jerusalema,+
Marakong a yona ho e potoloha
Le metseng yohle ya Juda.+
16 Ke tla phatlalatsa dikahlolo tsa ka ho batho ba ka ka lebaka la bokgopo bohle ba bona
Hobane ba ntahlile,+
Ba etsetsa medimo e meng mahlabelo*+
Ebile ba inamela medimo eo ba e entseng ka matsoho a bona.’+
17 Empa o lokela ho itokisetsa ho nka kgato,*
O eme mme o ba bolelle ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang yona.
O se ke wa ba tshaba+
E le hore ke se ke ka etsa hore o ba tshabe le ho feta.
18 Etswe kajeno ke o entse motse o sireleditsweng ka thata,
Pilara ya tshepe le marako a koporo e le hore o ka ema o tiile ka pela naha yohle,+
Marena a Juda le dikgosana tsa yona,
Baprista ba yona le batho ba naha.+
19 Ba tla fela ba o lwantshe
Empa ba ke ke ba o hlola
Hobane ‘ke na le wena+ ho o pholosa,’ ke Jehova ya tjhong.”
2 Jehova a re ho nna: 2 “Eya o phatlalatse moo Jerusalema e ntseng e utlwa, o re: ‘Jehova o re:
“Ke hopola hantle boitelo* ba hao ha o sa le motjha,+
Lerato la hao nakong eo ke neng ke o lebeleditse,+
Ka moo o neng o ntatela ka teng lefeelleng,
Naheng e sa jalwang peo.+
3 Iseraele o ne a halalela ho Jehova,+ e le ditholwana tsa Hae tsa pele.”’
Jehova o re: ‘Mang kapa mang ya mo ntshang kotsi o ne a tla ba molato.
Tlokotsi e ne e tla mo wela hodimo.’”+
4 Utlwang lentswe la Jehova, lona ba ntlo ya Jakobo
Le lona malapa ohle a ntlo ya Iseraele.
5 Jehova o re:
“Bontate ba lona ba fumane ke le molato wa eng+
Ha e le moo ba tsamaetse hole le nna hakaale?
Ba rapetse ditshwantsho tse se nang thuso+ yaba le bona ba fetoha ntho e se nang thuso.+
6 Ha ba a ka ba re: ‘A re tshepeng Jehova*
Ya re ntshitseng naheng ya Egepeta,+
Ya re tataisitseng lefeelleng
Hara lehwatata+ le hara dikoti,
Naheng e otluweng ke komello+ le e moriti o lefifi,
Naheng eo ho seng motho ya fetang ho yona
Le eo ho seng motho ya dulang ho yona.’
7 Qetellong ka le tlisa naheng e mobu o motle*
Hore le je ditholwana tsa yona le dintho tsa yona tse ntle.+
8 Baprista ha ba a ka ba re: ‘A re tshepeng Jehova.’*+
Ba neng ba lokela ho ruta molao ha ba a ka ba ntseba.
9 Jehova o re: ‘Ka hoo, ke tla boela ke le lwantshe.+
Ke tla lwantsha le ditloholo tsa lona.
10 Tshelelang dihlekehlekeng* tsa Kitime+ mme le bone.
Romelang molaetsa Kedare+ mme le nahane hantle,
Le bone hore na ntho e tjena e kile ya etsahala.
11 Na setjhaba se kile sa tlohela medimo ya sona yaba se ya medimong ya bohata?
Empa batho ba ka ba ntlohetse, nna Modimo ya matla mme ba ya nthong e se nang thuso.+
12 Lona mahodimo shebang ka ho makala,
Tlakaselang ke tshabo,’ ke Jehova ya tjhong
13 ‘Hobane setjhaba sa ka se entse dintho tse pedi tse mpe:
Se ntahlile, nna mohlodi wa metsi a bophelo,+
Se itjheketse didiba,*
Didiba tse se nang metsi, tse ke keng tsa a boloka.’
14 ‘Na Iseraele ke mohlanka kapa lona lekgoba le hlahetseng ka tlung ya monga lona?
Jwale ke hobaneng ha e tlatlapuwe?
Di etsa hore naha ya Iseraele e be ntho e tshosang.
Metse ya yona e tjhesitswe, ha e na moahi.
16 Batho ba Nofe*+ le Takpanese+ ba o phumotse lefatla.
17 Na ha se wena ya ipaketseng dintho tsee
Ka ho lahla Jehova Modimo wa hao+
Ha a ntse a o tataisa tseleng?
Ke hobaneng ha o rata tsela e yang Asiria+
Ho ya nwa metsi a Noka ya Eufrate?
19 O lokela ho ithuta dinthong tse kgopo tseo o di entseng,
O lokela ho kgalemellwa ho se tshepahale.
O tsebe mme o bone hore ke ntho e mpe le e bohloko+
Ho lahla Jehova Modimo wa hao.
Ha o a ntlhompha,’+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.
Empa o itse: “Nke ke ka o sebeletsa.”
O ne o kakaletse maralleng ohle a phahameng le tlasa difate tsohle tse behang,+
O ikentse letekatse.+
21 Ke o lemme o le sefate se setle haholo sa morara o mofubedu,+ sa peo e ntle.
Jwale ho tlile jwang hore o fetohe lehlomela le bodileng la sefate sa morara sa naheng ka pela mahlo a ka?’+
22 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Le ha o ka ba wa itlhatswa ka soda,* wa sebedisa sesepa se sengata,
Mahlong a ka o tla be o ntse o sa hlweka ka lebaka la phoso ya hao.’+
23 Ke jwang o ka reng: ‘Ha ke a itshilafatsa,
Ha ke a rapela medimo ya Baale’?
Bona tsela ya hao kgohlong.
Ela hloko seo o se entseng.
O tshwana le kamele e nyenyane e tshehadi e lebelo
E thalang ntle ho morero,
24 Le tonki e hlaha e tlwaetseng ho phela naheng,
E fofonelang moya ka lebaka la takatso ya yona.
Ke mang ya ka e thibang nakong eo e palesitseng?
Tsohle tse tona tse e batlang di ke ke tsa hloka ho ikgathatsa.
Di tla e fumana ha e le nako* ya yona ya hore e tlolelwe.
25 Kgaotsa ho matha e le hore o tle o se ke wa qetella o sa rwala letho
Le mmetso wa hao o se ke wa omella.
Empa o itse: ‘Tjhe! Ha ho na thuso.+
26 Jwalo ka ha leshodu le hlajwa ke dihlong ha le fumanwa,
Ba ntlo ya Iseraele le bona ba hlajwa ke dihlong,
Bona ha mmoho le marena a bona, dikgosana tsa bona,
Baprista ba bona le baprofeta ba bona.+
27 Ba re ho sefate: ‘O Ntate.’+
Ba re ho lejwe: ‘O ntswetse.’
Ho ena le hore ba kgutlele ho nna, ba mphuraletse.+
Nakong ya tlokotsi ya bona ba tla re:
‘Tloo o re pholose!’+
28 Jwale medimo ya hao eo o iketseditseng yona e kae?+
E ke e tle haeba e ka o pholosa nakong ya tlokotsi ya hao.
Etswe medimo ya hao e mengata jwalo ka metse ya hao, wena Juda.+
29 Jehova o re: ‘Ke hobaneng ha le ntse le ntwantsha?
Ke hobaneng ha kaofela ha lona le mphetohetse?’+
30 Ke otlile bana ba lona empa ho ne ho se na thuso.+
Ba ne ba sa mamele kgalemelo le ha e le efe.+
Sabole ya lona e timeditse baprofeta ba lona+
Jwalo ka tau e bohale.
31 Lona moloko, nahanisisang ka lentswe la Jehova.
Na ke se ke tshwana le lefeella ho Iseraele
Kapa naha e lefifi le letsholetsho?
Ke hobaneng ha setjhaba see sa ka se itse: ‘Re itsamaela ka moo re batlang.
Ha re sa tla tla ho wena’?+
32 Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae?
Na monyaduwa a ka lebala mabanta a hae a ho ikgabisa?*
Le ha ho le jwalo, setjhaba sa ka se ntebetse ka nako e telele.+
33 Wena mosadi, o sebeditse ka thata e le hore banna ba o rate.
O entse hore ditsela tsa hao e be tse mpe.+
34 Le diaparo tsa hao di na le madi a bafutsana ba hlokang molato.+
Ha ba a bolaelwa ho thuha ntlong ya hao.
Le ha ho le jwalo, ke fumane madi a bona diaparong tsohle tsa hao.+
35 Empa o re: ‘Ha ke na molato.
Ka nnete Modimo ha a sa nkgalefetse.’
Jwale ke tlisa kahlolo hodima hao
Hobane o re: ‘Ha ke a etsa sebe.’
36 Ke hobaneng ha o nyenyefatsa taba ya ho se tshepahale ha hao?
37 Ka lebaka lena, o tla tsamaya o itshwere hloohong+
Hobane Jehova o lahlile bao o ba tshepileng,
Ba ke ke ba o thusa.”
3 Batho ba re: “Haeba monna a leleka mosadi wa hae ebe mosadi eo o a tsamaya o nyalwa ke monna e mong, na monna wa pele a ka kgutlela ho yena hape?”
Na naha e se e ntse e sa silafala?+
Jehova o re: “O entse botekatse le metswalle e mengata.+
Jwale na ka nnete o batla ho kgutlela ho nna?
2 Phahamisetsa mahlo maralleng a hlobotseng mme o bone.
Ke hokae moo o sa kang wa betelwa teng?
O ile wa dula haufi le ditsela
Jwalo ka motsamai* lefeelleng.
O ntse o silafatsa naha
Ka botekatse le ka bokgopo ba hao.+
4 Empa jwale o a nkgweletsa o re:
‘Ntate, o bile motswalle wa ka ho tloha botjheng ba ka.+
5 Na motho a ka dula a halefile ho ya ho ile
Kapa a dule a bolokile sekgopi?’
O tjho jwalo
Empa o dula o etsa bokgopo bohle boo o kgonang ho bo etsa.”+
6 Mehleng ya Morena Josiase,+ Jehova o ile a re ho nna: “‘Na o bone hore na Iseraele ya sa tshepahaleng o entseng? O hlweletse hodima thaba e nngwe le e nngwe e phahameng, a ya tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo e le hore a etse botekatse.+ 7 Ka mora hore a etse dintho tsena tsohle, ke ile ka nna ka re a kgutlele ho nna+ empa ha a ka a kgutla. Juda a nna a shebella ausi wa hae wa molotsana.+ 8 Ha ke bona hoo, ka tebela Iseraele ya sa tshepahaleng, ka mo fa lengolo la tlhalo+ ka lebaka la bofebe ba hae.+ Empa ngwanabo ya bolotsana e leng Juda ha a ka a tshoha. Le yena a tswa ho ya etsa botekatse.+ 9 Iseraele o ne a nka botekatse ba hae hanyenyane, a nna a silafatsa naha le ho feba ka hore a rapele majwe le difate.+ 10 Ho sa tsotellehe dintho tsena tsohle tse etsahetseng, ngwanabo ya bolotsana Juda ha a ka a kgutlela ho nna ka pelo yohle haese ka boikaketsi feela,’ ke Jehova ya tjhong.”
11 Yaba Jehova o re ho nna: “Iseraele ya sa tshepahaleng o ipakile hore o lokile ho feta Juda wa molotsana.+ 12 Eya ka leboya mme o phatlalatse mantswe ana o re:+
‘Jehova o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi.+ Nke ke ka o halefela*+ hobane ke a tshepahala,” ke Jehova ya tjhong. “Nke ke ka dula ke o halefetse ho ya ho ile. 13 Amohela feela hore o entse phoso hobane o sitetswe Jehova Modimo wa hao. O ile wa nna wa etsa botekatse* le baditjhaba* tlasa sefate se seng le se seng se behang haholo empa ha o a ka wa mamela lentswe la ka,” ke Jehova ya tjhong.’”
14 Jehova o re: “Kgutlang, lona bana ba kwenehileng. Etswe ke fetohile monghadi* wa lona e le ka nnete. Ke tla le nka, ke nke a le mong motseng le ba babedi lelapeng mme ke tla le tlisa Sione.+ 15 Ke tla le fa badisa ba etsang thato ya ka*+ mme ba tla le fa* tsebo le temohisiso. 16 Matsatsing ao, le tla eketseha le ngatafale naheng,” ke Jehova ya tjhong.+ “Ha le sa tla hlola le re: ‘Areka ya selekane sa Jehova!’ Ha le sa tla hlola le nahana ka yona, le e hopola kapa le e hlolohelwa mme ha e sa tla hlola e etswa hape. 17 Ka nako eo, le tla bitsa Jerusalema terone ya Jehova+ mme ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ho rorisa lebitso la Jehova mme ha le sa tla hlola le latela dipelo tsa lona tse mpe ka manganga.”+
18 “Matsatsing ao ba tla tsamaya ha mmoho, ba ntlo ya Juda ba tla tsamaya le ba ntlo ya Iseraele+ mme ba tle ba tswa naheng ya leboya ba kene naheng eo ke e fileng baholoholo ba lona e le lefa.+ 19 Ke ne ke ye ke re: ‘Ke o behile hara bana ba ka mme ke o file naha e ntle, lefa le letle hara ditjhaba.’*+ Ke ne ke nahana hore o tla mpitsa ‘Ntate’ le hore o ke ke wa ntahla. 20 Jehova o re: ‘Empa jwalo ka ha mosadi ya bolotsana a siya monna wa hae, le lona ba ntlo ya Iseraele le ntshebeditse ka bolotsana.’”+
21 Ho utlwahetse modumo ka hodima maralla,
Sello le dikopo tsa batho ba Iseraele.
Etswe ba nkile tsela e sothehileng,
Ba lebetse Jehova Modimo wa bona.+
22 “Kgutlang, lona bana ba kwenehileng.
Ke tla le fodisa mme le ke ke la hlola le eba bakwenehi.”+
“Ke rona bana! Re tlile ho wena
Hobane Jehova, o Modimo wa rona.+
23 Ka nnete re ne re ithetsa ha re ntse re hweletsa re le maralleng le dithabeng.+
Ka nnete poloko ya Iseraele e ho wena Jehova Modimo wa rona.+
24 Empa ho tloha botjheng ba rona, ntho e hlabisang dihlong* e qetile dintho tsohle tseo baholoholo ba rona ba di sebeleditseng ka thata,+
Mehlape ya bona ya dinku le dipodi le mehlape ya bona ya diphoofolo tse kgolo,
Bara le baradi ba bona.
25 A re robaleng ka dihlong tsa rona
Mme sekgobo sa rona se re kwahele
Hobane re o sitetswe, Jehova Modimo wa rona,+
Rona le bontate ba rona ho tloha botjheng ba rona ho fihlela letsatsing lena.+
Ha re a mamela lentswe la hao Jehova Modimo wa rona.”
4 Jehova o re: “Ha o ka kgutla, wena Iseraele,
Ha o ka kgutlela ho nna,
Wa tlosa medimo ya hao ya bohata* e nyonyehang ka pela ka,
Jwale o ke ke wa ba mophaphathehi.+
2 Hape ha o ka hlapanya ka nnete, toka le ka ho loka, wa re:
‘Ka Jehova ya phelang!’
3 Jehova o re ho banna ba Juda le ho Jerusalema:
“Itemeleng masimo,
Le se ke la nna la jala hara meutlwa.+
4 Lona banna ba Juda le baahi ba Jerusalema,
Bollang bakeng sa Jehova,
Bolotsang dipelo tsa lona+
E le hore kgalefo ya ka e se ke ya tuka jwalo ka mollo
Mme ya tuka ya hloka motho ya e timang
Ka lebaka la mesebetsi ya lona e kgopo.”+
5 Bolelang taba ena Juda, le e phatlalatse le Jerusalema.
Hweletsang le letse lenaka ho pholletsa le naha.+
Hweletsang le re: “Bokanang!
Re baleheleng metseng e sireleditsweng ka thata.+
6 Phahamisang letshwao* le bontshang tsela e yang Sione.
Le se ke la ema, batlang tshireletso”
Hobane ke tlisa koduwa e tswang leboya,+ tlokotsi e kgolo.
O tswile sebakeng sa hae e le hore a etse naha ya hao ntho e tshosang.
Metse ya hao e tla etswa dithako, e hloke moahi.+
8 Ka hoo, aparang masela a hwashang.*+
Bokollang, le lle*
Hobane Jehova o ntse a re halefetse haholo.
Baprista ba tla tshoha le baprofeta ba makale.”+
10 Yaba ke re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ka nnete o thetsitse Juda+ le Jerusalema ha o re: ‘Le tla ba le kgotso’+ empa re le makgatheng a ho bolawa ka sabole.”
11 Ka nako eo ho tla thwe ho setjhaba sena le ho Jerusalema:
“Moya o tjhesang o hlahang maralleng a hlobotseng a lehwatata
O tla puputla moradi wa* setjhaba sa ka.
Ha se moya o tla olosa kapa o hlwekise.
12 Moya o fokang ka matla o tswa dibakeng tsena ka taelo ya ka.
Jwale ke tla phatlalatsa dikahlolo ho batho ba ka.
Dipere tsa sona di lebelo ho feta dintsu.+
Re madimabe hobane re ba shweleng.
14 Hlatswa bokgopo pelong ya hao hore e hlweke, wena Jerusalema e le hore o pholoswe.+
O tla dula o nahana bokgopo ho fihlela neng?
16 Tlalehelang ditjhaba molaetsa ona.
O phatlalatseng kgahlanong le Jerusalema.”
“Balebedi* ba tla ba tswa naheng e hole
Mme ba tla hweletsa kgahlanong le metse ya Juda.
17 Ba tla hlasela Jerusalema ka mahlakoreng ohle jwalo ka batho ba katileng masimo+
Hobane e mphetohetse,”+ ke Jehova ya tjhong.
18 “O tla fumana kotlo bakeng sa ditsela tsa hao le mesebetsi ya hao.+
Koduwa ya hao e bohloko haholo
Hobane e fihla pelong ya hao.”
19 Bohloko boo ke bo utlwang,* bohloko boo ke bo utlwang!
Ke utlwa bohloko bo boholo pelong ya ka.*
Pelo ya ka e otla ha bohloko.
20 Ho tlalehilwe koduwa ka mora koduwa
Hobane naha yohle e fedisitswe.
Ditente tsa ka di sentswe ka tshohanyetso,
Masela a ka a tente a sentswe ka nako le motsotso.+
21 Ke tla nne ke bone letshwao* halelele hakae,
Ke tla nne ke utlwe modumo wa lenaka ho fihlela neng?+
22 “Etswe batho ba ka ke mawatla.+
Ha ba na taba le nna.
Ke bana ba se nang kelello mme ha ba na kutlwisiso.
Ba hlalefetse ho etsa dintho tse fosahetseng
Empa ha ba tsebe ho etsa tse lokileng.”
23 Ha ke sheba naha, ka bona e se na letho ebile e senyehile.+
Ka sheba mahodimo mme ka bona kganya ya ona e le siyo.+
26 Ha ke sheba serapa sa difate tsa ditholwana, ka bona hore se fetohile lehwatata
Le metse yohle ya sona e ne e qhaqhilwe kaofela.+
E ne e le ka lebaka la Jehova,
Ka lebaka la bohale ba hae bo tukang.
29 Batho bohle ba motse ba a baleha+
Ha ba utlwa modumo wa banna ba palameng dipere le ba lwanang ka diqha.
Ba ipata merung e teteaneng,
Ba hlwella mafikeng.+
Baahi bohle ba balehile metseng,
Ha ho sa na batho ba dulang ho yona.”
30 Ka ha jwale o tlatlapuwe, o tla etsang?
O ne o tlwaetse ho apara diaparo tse kgubedu,
O ikgabisa ka mekgabiso ya kgauta,
O tlotsa mahlo a hao ka setlolo se setsho hore a bonahale a le maholo.
Empa o ikentse botle mahala+
Ka ha ba o batlang ba o lahlile.
Hona jwale ba batla ho o bolaya.+
31 Etswe ke utlwile sello se kang sa mosadi ya opelwang,*
Seboko se kang sa mosadi ya belehang ngwana wa hae wa pele,
Lentswe la moradi wa Sione ya ntseng a hema ka thata.
O otlolla diatla a ntse a re:+
“Ke madimabe hobane ke kgathetse ka lebaka la babolai!”
5 Sollang le diterata tsa Jerusalema,
Qamakang ka hloko.
Batlang dimmarakeng tsa yona le shebe
Hore na le ke ke la fumana motho ya sebetsang dintho ka toka,+
Ya tshepahalang.
Haeba le mo fumana, ke tla tshwarela Jerusalema.
2 Esita le ha ba re: “Ka Jehova ya phelang!”
Ba tla be ba hlapanyetsa ntho eo e seng nnete.+
3 Jehova, na mahlo a hao ha a batle batho ba tshepahalang?+
O ba otlile empa ha ba a utlwa.*
O timeditse naha ya bona empa ba hanne ho mamela kgalemelo.+
4 Empa ka re: “Ka nnete e tlameha ebe ke bafutsana.
Ba etsa dintho tse se nang kelello hobane ha ba tsebe thato* ya Jehova,
Molao wa Modimo wa bona.
5 Ke tla ya ho banna ba hlaheletseng mme ke bue le bona
Etswe e tlameha ebe ba tsebile thato* ya Jehova,
Molao wa Modimo wa bona.+
Empa kaofela ba ne ba robile joko,
Ba kgaotse le diketane.”*
6 Ke ka lebaka leo tau ya morung e ba hlaselang
Le phiri ya lehwatata e ntseng e ba bolaya.
Hape ke ka hoo lengau le dulang le fadimehile metseng ya bona.
Lengau le rusolla e mong le e mong ya tlohang metseng eo.
Etswe diphoso tsa bona di ngata,
Ba bile bolotsana ka makgetlo a mangata.+
7 Nka o tshwarela jwang ka ntho ee?
Bana ba hao ba ntahlile,
Ba ntse ba hlapanya ka ntho eo e seng Modimo.+
Ke ba file dintho tseo ba di hlokang
Empa ba ile ba nna ba feba,
Ba petetsana ho ya ntlong ya mosadi wa letekatse.
8 Ba jwalo ka dipere tse lehala tse batlang ho tlolela tse ding.
E mong le e mong o matha ka mora mosadi wa monna e mong.+
9 Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee?
Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee?+
Pomang makalana a Jerusalema a hlahang
Hobane ha se a Jehova.
12 “Ba latotse Jehova ba re:
Ha re na welwa ke tlokotsi,
Ntwa le tlala re ke ke ra di bona.’+
13 Baprofeta ba profeta dintho tsa lefeela.
Lentswe la Modimo ha le yo dipelong tsa bona.
Ba tla fetoha lefeela jwalo ka dintho tseo ba di profetang.”
14 Ka hona, Jehova Modimo wa mabotho o re:
Setjhaba sena ke patsi,
Mollo o tla se tjhesa.”+
15 Jehova o re: “Ke le tlisetsa setjhaba se tswang hole, lona ba ntlo ya Iseraele.+
Ke setjhaba se dulang se le teng.
Ke setjhaba sa kgale,
Setjhaba seo le sa tsebeng puo ya sona.
Le ke ke la utlwisisa hore na se reng.+
16 Mokotla wa sona o tshelang metsu o jwalo ka lebitla le ahlameng.
Kaofela ke setjhaba sa bahlabani.
17 Ba tla ja dijalo le bohobe ba lona.+
Ba tla bolaya bara le baradi ba lona.
Ba tla ja mehlape ya lona ya dinku le dipodi le ya diphoofolo tse kgolo.
Ba tla senya difate tsa lona tsa morara le tsa feie.*
Metse ya lona e sireleditsweng ka thata eo le e tshepang, ba tla e fedisa ka sabole.”
18 Jehova o re: “Empa esita le nakong eo, nke ke ka le fedisa kaofela.+ 19 Etlare ha ba re: ‘Ke hobaneng ha Jehova Modimo wa rona a re entse tjee?’ O re ho bona: ‘Feela jwalo ka ha le ile la mphuralla la sebeletsa modimo osele naheng ya habo lona, le tla sebeletsa baditjhaba naheng eo e seng ya habo lona.’”+
20 Bolellang ba ntlo ya Jakobo,
Le tsebise Juda le re:
21 “Utlwang, lona setjhaba sa dithoto se bileng se se nang kelello,*+
Le na le mahlo empa ha le bone.+
Le na le ditsebe empa ha le utlwe.+
22 ‘Na ha le ntshabe?’ ke Jehova ya tjhong,
‘Na ha le a lokela ho nthothomella?
Ke nna ya behileng lehlabathe e le moedi wa lewatle,
E le molao wa tsamaiso o sa tloheng oo lewatle le ke keng la o tlola.
Le hoja maqhubu a lona a akgotseha, a ke ke a o tlola.
Le hoja a lwebehlana, a ntse a ke ke a feta moedi wa lewatle.+
23 Empa batho bana ba manganga ebile ba tletse borabele.*
Ba kgelohile mme ba inketse tsela ya bona.+
24 Ha ho mohla ba reng ka pelong:
“A re tshabeng Jehova Modimo wa rona,
Ya nesang pula ka nako ya yona,
Pula ya lehwetla le pula ya selemo,
25 Diphoso tsa lona di thibile dintho tsena hore di se ke tsa eba teng.
Dibe tsa lona di le sitisa ho fumana melemo ena.+
26 Etswe hara setjhaba sa ka ho na le batho ba kgopo.
Ba ntse ba nyarela jwalo ka batshwasi ba dinonyana ha ba kgukguna ba di laletse.
Ba tjheha sefi se bolayang.
Ba tshwasa batho.
Ke ka hoo ba leng matla ba bileng ba ruileng.
28 Ba nonne ebile ba a benya.
Bokgopo ba bona bo hlotse!
Ha ba buelle nyewe ya kgutsana+
E le hore ba ka atleha.
Ha ba ahlolele bafutsana ka toka.’”+
29 Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee?
Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee?
30 Ho etsahetse ntho e tshosang le e tshabehang naheng:
Setjhaba sa ka se rata ha ho le jwalo.+
Empa le tla etsa jwang ha bofelo bo fihla?”
6 Itshireletseng, lona bana ba Benjamine, balehang Jerusalema.
Besang mollo e le letshwao Bethe-hakereme
Hobane ho na le tlokotsi e tlang e tswa leboya, tlokotsi e kgolo.+
2 Moradi wa Sione* o tshwana le mosadi e motle ya phelang ha monate.+
3 Badisa ba tla tla le mehlape ya bona.
Ba tla hloma ditente ho mo potapota ka hohle,+
E mong le e mong a fudise mohlape oo a o hlokomelang.+
4 “Itokisetseng ho mo lwantsha,
Emang, re mo hlaseleng hara mpa ya motshehare.”
“Re madimabe hobane letsatsi le ntse le sekama
Le meriti e hlahlamela dithaba.”
6 Etswe Jehova wa mabotho o re:
“Remang difate mme le etse qubu e thibellang Jerusalema.+
Ke motse o lokelang ho ahlolwa.
Ka hara wona ha ho letho haese kgatello.+
7 Jwalo ka ha sediba e le mohlodi wa metsi a phodileng,
Motse ona le wona ke mohlodi wa bokgopo.
Ho wona ho utlwahala ntwa le timetso.+
Ke dula ke bona bolwetse le kotlo.
8 Mamela wena Jerusalema esere ka o furalla ke lekehile.+
Ke tla o ripitla, ke o etse naha e se nang baahi.”+
9 Jehova wa mabotho o re:
“Ba tla bokella Baiseraele ba setseng hantle feela jwalo ka ha ho bokellwa morara wa ho qetela sefateng.
Ba bokelle hape jwalo ka ya kgang morara sefateng.”
10 “Ke tla bua le bomang mme ke ba lemose?
Ke mang ya tla mamela?
Ditsebe tsa bona di thibane* hoo ba sa kgoneng ho utlwa.+
Lentswe la Jehova le fetohile ntho eo ba e nyefolang,+
Ha ba le rate.
11 Ke tletse kgalefo ya Jehova.
Ke kgathetse ke ho e mamella.”+
“E tsebise ngwana ya seterateng+
Le dihlopha tsa bahlankana ba bokaneng mmoho.
Etswe ba tla haptjwa kaofela, monna ha mmoho le mosadi wa hae,
Ke tla phahamisa letsoho ke otle baahi ba naha,” ke Jehova ya tjhong.
13 “Ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+
Ho tloha ho moprofeta ho ya ho moprista, kaofela ba etsa bobodu.+
14 Ba leka ho fodisa setjhaba sa ka se sithabetseng ka hore feela ba re:
‘Kgotso e teng! Kgotso e teng!’
Empa kgotso e le siyo.+
15 Na batho ba ka ba swabetse dintho tse nyonyehang tseo ba di entseng?
Ha ba swabe ho hang!
Ha ba tsebe le hore na ho swaba ke ntho e jwang.+
Ka hona, ba tla wela hara ba weleng.
Ha ke ba otla ba tla kgothometseha,” ke Jehova ya tjhong.
16 Jehova o re:
“Emang mateanong a ditsela mme le bone.
Le botse ka ditsela tsa kgale,
Botsang hore na tsela e nepahetseng ke efe mme le tsamaye ho yona,+
Le iphumanele phomolo.”
Empa ba re: “Re ke ke ra tsamaya ho yona.”+
17 “Ke kgethile balebedi+ ba ileng ba re:
‘Mamelang modumo wa lenaka!’”+
Empa ba re: “Re ke ke ra mamela.”+
18 “Ka hona utlwang, lona ditjhaba.
Lona phutheho, tsebang
Hore na ho tla etsahalang ka batho ba Jerusalema.
19 Mamela, wena lefatshe.
Ke tlisa tlokotsi hodima batho bana+
E le ditlamorao tsa merero ya bona
Hobane ha ba a mamela mantswe a ka
Ebile ba hanne molao* wa ka.”
20 “Ha ke tsotelle le haeba le tlisa dibano tse tshweu tse tswang Sheba
Le lehlaka* le tswang naheng e hole.
Dinyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe
Le mahlabelo a lona ha a nkgahle.”+
21 Ka hoo Jehova o re:
“Ke behela batho bana dintho tse tla ba kgopa,
Di tla ba diha,
Bontate le bara,
Moahisani le motswalle wa hae.
Kaofela ba tla timela.”+
22 Jehova o re:
“Batho ke bao ba tswa naheng ya leboya,
Batho ba matla ba tla hlaha dikarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lefatshe.+
23 Ba tla tshwara seqha le lerumo.
Ba sehloho mme ba ke ke ba eba le mohau.
Mantswe a bona a tla duma jwalo ka lewatle
Ebile ba palama dipere.+
Ba itokisetsa ho o lwantsha ba ikentse ngatananngwe, wena moradi wa Sione.”
24 Re utlwile tlaleho e mabapi le bona.
Re aparetswe ke mathata,
Re utlwile bohloko bo kang ba mosadi ya pepang.+
25 O se ke wa tswela tshimong.
Hape o se ke wa tsamaya tseleng
Hobane sera se nkile sabole,
Hohle batho ba tshohile haholo.
Lla jwalo ka ha eka o llela mora ya mong, o bokolle haholo+
Hobane sera se fedisang se tla re futuhela ka tshohanyetso.+
O lokela ho ela hloko mme o hlahlobe diketso tsa bona.
Ba tshwana le koporo le tshepe,
Kaofela ha bona ba tletse bobodu.
29 Mosebetsi o sebeditse ka thata ho hlwekisa tshepe,
Hoo le disebediswa tsa hae di tjheleng.
Empa ha ho na thuso hobane ho itswela loto feela mollong.+
Batho ba kgopo ha ba a tloswa setjhabeng.+
7 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia: 2 “Ema keiting ya ntlo ya Jehova o phatlalatse molaetsa ona moo: ‘Utlwang lentswe la Jehova, lona batho bohle ba Juda ba kenang ka dikeiti tsena ho tla inamela Jehova. 3 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Lokisang diketso tsa lona le mesebetsi ya lona mme ke tla le dumella hore le nne le dule sebakeng sena.+ 4 Le se ke la tshepa mantswe a bohata yaba le re: ‘Ena ke* tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova.’+ 5 Etswe haeba le lokisa diketso tsa lona le mesebetsi ya lona mme le emela toka pakeng tsa motho le moahisani wa hae,+ 6 le sa hatelle baditjhaba, dikgutsana* le bahlolohadi,+ le sa bolaye batho ba se nang molato sebakeng sena mme le sa latele medimo e meng yaba le ipakela tlokotsi,+ 7 ke tla le dumella hore le nne le dule naheng ena eo ke e fileng baholoholo ba lona ka ho sa feleng.”’
8 Empa le tshepa mantswe a bohata+ a ke keng a le tswela molemo ho hang. 9 Na le ka utswa,+ la bolaya, la feba, la hlapanya ka leshano,+ la etsetsa Baale+ mahlabelo* le ho latela medimo eo le sa kang la e tseba 10 yaba le a tla, le ema ka pela ka ka tlung ee e bitswang ka lebitso la ka ebe le re: ‘Re tla pholoswa’ empa le ntse le etsa dintho tsee tsohle tse nyonyehang? 11 Na le bona ntlo ee e bitswang ka lebitso la ka e le lehaha la mashodu?+ Ke bone hore na le ntse le etsang,” ke Jehova ya tjhong.
12 “‘Eyang tabernakeleng ya ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le dule teng pele+ mme le bone hore na ke e entseng ka lebaka la bokgopo ba setjhaba sa ka sa Iseraele.+ 13 Empa la nna la etsa dintho tsena kaofela,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Le hoja ke ile ka bua le lona ka makgetlokgetlo,* ha le a ka la mamela.+ Ka nna ka le bitsa empa la se ke la araba.+ 14 Ka hoo, ntlo e bitswang ka lebitso la ka+ eo le e tshepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholoholo ba lona, ke tla di etsa ntho e tshwanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+ 15 Ke tla le tlosa ka pela mahlo a ka feela jwalo ka ha ke ile ka lahla bana ba bo lona e leng bana bohle ba Efraime.’+
16 “Ha e le wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena. O se ke wa bokolla, wa nkopa ka tiyo kapa wa rapela bakeng sa sona+ ka ha nke ke ka o mamela.+ 17 Na ha o bone hore na se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 18 Bana ba rwalla patsi, bontate ba besa mollo, ha bomme ba duba hlama e le hore ba etsetse Mofumahadi wa Lehodimo*+ mahobe a sehlabelo, ba etsa le dinyehelo tsa dino bakeng sa medimo e meng e le ho ntshitelwa.+ 19 Jehova o re: ‘Empa na ke nna eo ba mo sitelwang?* Ba a itshitelwa mme ba tla swaba.’+ 20 Ka hona Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Bohale ba ka le kgalefo ya ka di tla theolelwa sebakeng sena,+ ho batho le dibata, ho difate tsa tshimo le ditholwana tsa naha. Kgalefo ya ka e tla tuka mme e ke ke ya tima.’+
21 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Eketsang dinyehelo tsa lona tsa setjheso mahlabelong a lona mme le di je.+ 22 Etswe mohla ke neng ke ntsha baholoholo ba lona naheng ya Egepeta, ha ke a ka ka bua le bona kapa ka ba laela malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo.+ 23 Empa ke ile ka ba fa taelo ena: “Mamelang lentswe la ka. Ke tla ba Modimo wa lona, le be setjhaba sa ka.+ Le lokela ho tsamaya tseleng yohle eo ke le laelang hore le tsamaye ho yona e le hore dintho di ka le tsamaela hantle.”’+ 24 Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo ba ile ba latela mehopolo* ya bona, ka manganga ba latela dipelo tsa bona tse kgopo+ yaba ba ya morao eseng pele, 25 ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang Egepeta ho fihlela letsatsing lena.+ Ke ile ka nna ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ke ba romela letsatsi le leng le le leng, ka makgetlokgetlo.*+ 26 Empa ba hanne ho mmamela mme ha ba a ka ba sekeha tsebe.+ Ho ena le hoo, ba ne ba le manganga* yaba ba etsa hampe ho feta baholoholo ba bona.
27 “O tla ba bolella mantswe ana ohle+ empa ba ke ke ba o mamela. O tla ba hweletsa empa ba ke ke ba o araba. 28 Ka hoo, e re ho bona: ‘Sena ke setjhaba se sa mamelang lentswe la Jehova Modimo wa sona mme se hanne ho amohela tayo. Botshepehi bo fedile ebile ha se le ntho eo ba buang ka yona.’*+
29 “Kuta moriri wa hao* mme o o lahle, o bine kodiyamalla* maralleng a se nang letho etswe Jehova o lahlile moloko oo o mo halefisitseng mme o tla o tlohela. 30 Jehova o re: ‘Batho ba Juda ba entse dintho tse fosahetseng mahlong a ka. Ba behile ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang ka tlung e jereng lebitso la ka mme ba e silafaditse.+ 31 Ba hahile dibaka tse phahameng tsa Tofethe, e Kgohlong ya Mora wa Hinome*+ e le hore ba tjhese bana ba bona mollong+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.’*+
32 Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi a a tla ao ka ona e ke keng ya hlola e bitswa Tofethe kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome* empa ho tla thwe ke Kgohlo ya Polao. Ba tla pata bafu Tofethe ho fihlela ho se ho se na sebaka se setseng.+ 33 Ditopo tsa setjhaba sena e tla ba dijo tsa dinonyana tsa mahodimo le dibata tsa lefatshe mme ha ho na motho ya tla tshosa dinonyana le dibata tseo.+ 34 Ke tla fedisa mohoo wa thabo le mohoo wa nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa+ metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema etswe naha e tla sala e se na baahi.’”+
8 Jehova o re: “Ka nako eo, masapo a marena a Juda, a dikgosana tsa yona, a baprista, a baprofeta le a baahi ba Jerusalema a tla ntshwa mabitleng a bona. 2 A tla alwa letsatsing, kgweding le makgotleng ohle a mahodimo ao ba a ratileng, ao ba a sebeleditseng, ao ba a latetseng, ao ba a batlileng le ao ba a inametseng.+ A ke ke a phuthwa kapa a epelwa. E tla ba moitedi hodima lefatshe.”+
3 Jehova wa mabotho o re: “Ba setseng lelapeng lena le kgopo ba tla kgetha lefu ho ena le bophelo dibakeng tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona.
4 O lokela ho re ho bona: ‘Jehova o re:
“Na ba tla wa mme ba se ke ba ema hape?
Haeba e mong a ka kgutla, na e mong le yena a ke ke a kgutla?
5 Ke hobaneng ha baahi ba Jerusalema ba tswela pele ka ho se tshepahale?
Ba itshwareleditse ka bolotsana.
Ba hana ho fetoha.+
6 Ke etse hloko mme ka nna ka mamela empa tsela eo ba neng ba bua ka yona e ne e sa nepahala.
Ha ho le ya mong ya ileng a bakela bokgopo ba hae kapa a re: ‘Ke entseng?’+
E mong le e mong o dula a kgutlela tseleng e ratwang jwalo ka pere e potlakelang ntweng.
7 Esita le mokotatsie o mahodimong o tseba dinako tsa wona,
Leebanakgorwana, lehaqasi le serobele* di boloka nako ya tsona ya ho kgutla.*
Empa setjhaba sa ka sona ha se tsebe nako ya Jehova ya kahlolo.”+
8 Ke jwang le ka reng: “Re bohlale mme re na le molao* wa Jehova”?
Hantlentle pene+ ya bohata ya bangodi e sebediseditswe leshano feela.
Ba tshohile mme ba tla tshwarwa.
Ba lahlile lentswe la Jehova.
Jwale ba na le bohlale bofe?
Etswe ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+
Ho tloha ho moprofeta ho ya ho moprista, kaofela ba etsa bobodu.+
11 Ba leka ho fodisa moradi wa setjhaba sa ka ya sithabetseng ka hore feela ba re:
“Kgotso e teng! Kgotso e teng!”
Empa kgotso e le siyo.+
12 Na batho ba ka ba swabetse dintho tse nyonyehang tseo ba di entseng?
Ha ba swabe ho hang!
Ha ba tsebe le hore na ho swaba ke ntho e jwang.+
Ka hona, ba tla wela hara ba weleng.
Ha ke ba otla ba tla kgothometseha,’+ ke Jehova ya tjhong.
13 Jehova o re: ‘Ha ke ba bokella, ke tla ba fedisa.
Ho ke ke ha eba le morara o setseng sefateng sa morara, ho ke ke ha eba le difeie* sefateng sa feie mme makgasi a tla pona.
Dintho tseo ke ba fileng tsona di tla ba lahlehela.’
14 Re duletseng moo?
A re bokaneng re kene metseng e sireleditsweng+ ka thata mme re shwelle moo.
Etswe Jehova Modimo wa rona o tlo re bolaya,
O re fa metsi a tjhefo hore re a nwe+
Hobane re sitetswe Jehova.
15 Re ne re tshepile hore ho tla ba le kgotso empa ha ho letho le molemo le hlahileng,
Re ne re tshepile hore ho tla ba le nako ya ho fodisa empa ke matswalo feela.+
16 Ho utlwahala modumo wa dipere tsa ba direng ho tloha Dane.
Naha yohle e a reketla
Ka lebaka la modumo wa ho lla ha dipere tsa bona tse tona.
Ba a tla mme ba senya naha le sohle se ho yona,
Motse le baahi ba wona.”
17 Jehova o re: “Ke romela dinoha hara lona,
Dinoha tse tjhefo tse ke keng tsa laolwa*
Mme ruri di tla le loma.”
18 Mesarelo ya ka ha e phekolehe.
Pelo ya ka e a kula.
19 Moradi wa setjhaba sa heso o hweletsa
A le naheng e hole ho kopa thuso o re:
“Na Jehova ha a Sione?
Kapa na morena wa yona ha a ho yona?”
“Ke hobaneng ha ba ntshitetswe ka ditshwantsho tsa bona tse betlilweng,
Ka medimo ya bona ya baditjhaba e se nang thuso?”
20 “Nako ya kotulo e fetile, lehlabula le fedile
Empa ha re eso pholoswe!”
21 Ke sithabeditswe ke ho ripitlwa ha moradi wa setjhaba sa heso.+
Ke nyahame.
Ke tshohile haholo.
22 Na ha ho na balsame* Gileade?+
Jwale ke hobaneng ha moradi wa setjhaba sa heso a sa fola?+
9 Hoja hlooho ya ka e ne e le sediba sa metsi
Ebe mahlo a ka ke mohlodi wa meokgo,+
Ke ne ke tla lla bosiu le motshehare,
Ke llele batho ba heso ba bolailweng.
2 Hoja ke ne ke ena le sebaka sa ho phomola lefeelleng,
Ke ne ke tla siya batho ba heso mme ke tlohe ho bona.
Etswe kaofela ha bona ke bafebi,+
Ke lequlwana la balotsana.
3 Ba itokiseditse ho bua leshano jwalo ka seqha se kobehileng hore se betse tsenene.
Leshano le atile naheng ho ena le botshepehi.+
Jehova o re: “Bokgopo ba bona bo ntse bo ehlwa mekwalaba
Ebile ha ba mmamele.+
4 E mong le e mong a itebele ho moahisani wa hae.
Le se ke la tshepa esita le bana ba bo lona.
5 E mong le e mong o qhekella moahisani wa hae,
Ha ho ya buang nnete.
Ba rutile maleme a bona ho bua leshano.+
Ba ipakela mokgathala ka ho etsa dintho tse fosahetseng.
6 O phela hara batho ba leshano.
Ba bua leshano mme ha ba batle ho ntseba,” ke Jehova ya tjhong.
7 Ka hona Jehova wa mabotho o re:
8 Maleme a bona ke tsenene e bolayang, a bua leshano.
Ka molomo, motho o bua ka kgotso le moahisani wa hae
Empa ka pelong o mo tjhehela leraba.”*
9 Jehova o re: “Na ha ke a lokela ho ba bitsa hore ba tlo ikarabella bakeng sa dintho tsee?
Na ha ke a lokela ho iphetetsa ho setjhaba se tjee?+
10 Ke tla lla mme ke bokollele dithaba,
Ke bine kodiyamalla* bakeng sa makgulo a naha
Ka ha a tjhesitswe e le hore ho se ke ha eba le motho ya fetang.
Batho ba ke ke ba utlwa modumo wa diphoofolo tse ruilweng.
Dinonyana tsa mahodimo le dibata di balehile, di tsamaile.+
11 Ke tla etsa hore Jerusalema e be diqubu tsa majwe,+ selao sa diphokojwe,+
Ke etse hore metse ya Juda e be dithako, e hloke baahi.+
12 Ke mang ya bohlale hore a ka utlwisisa hore na ke hobaneng ha dintho tsee di etsahala?
Ke mang eo Jehova a mo boleletseng taba ee e le hore a ka e bolella batho ba bang?
Ke hobaneng ha naha e timetse?
Ke hobaneng ha e tjhesitswe jwalo ka lefeella
Hoo ho seng motho ya fetang ho yona?”
13 Jehova a re: “Ke hobane ba furaletse molao* wa ka oo ke ba behetseng wona le hore ha ba a ka ba o latela mme ha ba a ka ba mamela lentswe la ka. 14 Ka manganga ba latetse dipelo tsa bona+ mme ba latetse ditshwantsho tsa Baale jwalo ka ha bontate ba bona ba ba rutile.+ 15 Ka hoo, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke jesa batho bana lengana mme ke tla ba nwesa metsi a tjhefo.+ 16 Ke tla ba hasanya hara ditjhaba tseo bona le bontate ba bona ba sa kang ba di tseba+ mme ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba timeditse.’+
17 Jehova wa mabotho o re:
‘Nahanisisang ka dintho tse etsahalang.
Bitsang basadi ba binang kodiyamalla,+
Le bitse le basadi ba nang le tsebo
18 E le hore ba potlake mme ba re llele
E le hore mahlo a rona a ka tswa meokgo
Le dikeledi di keleketle marameng a rona.+
19 Etswe ho utlwahetse sello Sione:+
“Naha ya rona e sentswe hakaakang!
Re tlotlolohile haholo
Hobane re tlositswe naheng ya rona mme ba dihile mahae a rona.”+
20 Lona basadi, utlwang lentswe la Jehova.
E se eka ditsebe tsa lona di ka mamela lentswe la molomo wa hae.
Le rutane pina ena ya kodiyamalla+
Le be le e rute baradi ba lona
21 Etswe lefu le kene ka difensetere tsa rona.
Le kene ditoreng tsa rona tse tiisitsweng ka thata,
La lata bana diterateng
Le bahlankana dimmarakeng.’+
22 Ere: ‘Jehova o re:
“Ditopo tsa batho di tla wa jwalo ka moitedi tshimong
Jwalo ka koro* e sa tswa helwa ke mokotudi
Ho se ya e bokellang.”’”+
23 Jehova o re:
“Monna ya bohlale a se ke a ithorisa ka bohlale ba hae,+
Monna ya matla a se ke a ithorisa ka matla a hae
Le morui a se ke a ithorisa ka maruo a hae.+
A ithorise ka hore ke nna Jehova ya nang le lerato,* toka le ya lokileng lefatsheng+
Hobane ke kgahliswa ke dintho tsena,”+ ke Jehova ya tjhong.
25 Jehova o boetse o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla ahlola e mong le e mong ya bolotseng empa a sa bolla.+ 26 Ke tla ahlola Egepeta,+ Juda,+ Edomo,+ Baamone,+ Moabe+ le bohle ba dulang lefeelleng ba kutileng ditedu tse ka hodima mehlahare.*+ Etswe ditjhaba tsohle ha di a bolla mme bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a hlweka* pelong.”+
10 Utlwang mantswe ao Jehova a le boleletseng ona lona ba ntlo ya Iseraele. 2 Jehova o re:
“Le se ke la ithuta meetlo ya ditjhaba+
Hape le se ke la tshoswa ke dipontsho tsa mahodimo
Hobane feela ditjhaba di di tshaba.+
3 Etswe meetlo ya ditjhaba ha e na thuso.
Setsebi sa mesebetsi ya matsoho se rema sefate morung
Ebe ka sona se etsa setshwantsho.+
4 Ba se kgabisa ka silevera le kgauta+
Ebe ba se kokotela ka hamore le dipekere e le hore se se ke sa wa.+
5 Ditshwantsho tse jwalo di tshwana le setshosa se tshimong ya dikomkomere, ha di tsebe ho bua.+
Di hloka ho kakaswa hobane ha di tsebe ho tsamaya.+
Le se ke la di tshaba hobane di ke ke tsa baka kotsi
Kapa tsa etsa letho le molemo.”+
6 Ha ho ya tshwanang le wena Jehova.+
O moholo le lebitso la hao le leholo ebile le matla.
7 Ke mang ya sa lokelang ho o tshaba, wena Morena wa ditjhaba?+ O lokela ho tshajwa.
Hara batho bohle ba bohlale ba ditjhaba le hara mebuso yohle ya bona,
Ho hang ha ho ya tshwanang le wena.+
8 Kaofela ha bona ha ba nahane mme ha ba na kelello.+
Thuto e fanwang ke ditshwantsho tse entsweng ka sefate ha e na thuso ho hang.+
9 Makapa a silevera a rekwa Tarshishe+ le kgauta e rekwa Ufaze,
Di entswe ke setsebi sa mesebetsi ya matsoho le matsoho a ya sebetsang ka tshepe.
Diaparo tsa bona di entswe ka kgwele e putswa le boya bo pherese.
Kaofela di entswe ke basebetsi ba hlwahlwa.
10 Empa ka nnete Jehova ke Modimo.
Ke Modimo ya phelang+ ebile ke Morena wa bosafeleng.+
Lefatshe le tla reketla ka lebaka la kgalefo ya hae+
Ebile ha ho na ditjhaba tse ka mamellang kgalefo ya hae.
11 * O lokela ho re ho ditjhaba tseo:
“Medimo e sa kang ya etsa mahodimo le lefatshe
E tla timela lefatsheng le ka tlasa mahodimo ana.”+
13 Lentswe la hae le etsa hore
Metsi a mahodimong a lwebehlane,+
O etsa hore maru* a nyolohe ho tswa dikgutlong tsa lefatshe.+
14 Motho e mong le e mong o etsa dintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo.
Motho e mong le e mong ya sebetsang ka tshepe o tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la setshwantsho se betlilweng,+
Etswe ditshwantsho* tsa hae tse entsweng ka tshepe di a thetsa
15 Ha di na thuso, di lokelwa ke ho songwa.+
Ha letsatsi la kahlolo le fihla, di tla timela.
16 Empa Modimo wa Jakobo ha a tshwane le tsona,
Ke yena ya entseng ntho e nngwe le e nngwe
Mme Iseraele ke lere la lefa la hae.+
Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho.+
18 Etswe Jehova o re:
19 Ke madimabe ka lebaka la ho sithabela ha ka.*+
Leqeba la ka ha le fole.
Ke itse: “Ka nnete bona ke bolwetse ba ka mme ke lokela ho bo mamella.
20 Tente ya ka e sentswe, dithapo tsa tente ya ka kaofela di kgaotswe.+
Bana ba ka ba ntshiile mme ha ba sa le yo.+
Ha ho na ya setseng ho phutholla tente ya ka kapa ho e hloma.
Ke ka lebaka leo ba sa kang ba eba bohlale
Mme mehlape yohle ya bona e hasane.”+
22 Mamelang tlaleho.
Morusu o moholo o hlaha naheng ya leboya.+
O tlo etsa hore metse ya Juda e se ke ya eba le baahi, e be selao sa diphokojwe.*+
23 Jehova, ke tseba hantle hore motho ha a fuwa matla a ho laola tsela ya hae.
Motho ha a kgone ho laola mehato ya hae.+
25 Ntshetsa bohale ba hao ho ditjhaba tse iphapanyetsang wena+
Le hodima malapa a sa hlompheng lebitso la hao.
11 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia: 2 “Batho bohle ba ke ba utlwe mantswe a selekane sena.
O* a bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema. 3 O re ho bona: ‘Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Ho rohakwe motho ya sa mameleng mantswe a selekane sena,+ 4 ao ke a laetseng baholoholo ba lona mohla ke ba ntshang Egepeta,+ seboping sa mollo o qhibidihisang tshepe.+ Ke ile ka re: ‘Mamelang lentswe la ka, le etse dintho tsohle tseo ke le laelang tsona. Le tla ba setjhaba sa ka mme ke tla ba Modimo wa lona+ 5 e le hore nka phetha kano eo ke e hlapanyeditseng baholoholo ba lona, ya ho ba fa naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ Kano eo e ntse e sebetsa le letsatsing lena.’”’”
Yaba ke re: “Amen,* Jehova.”
6 Yaba Jehova o re ho nna: “Phatlalatsa mantswe ana ohle metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema o re: ‘Utlwang mantswe a selekane sena mme le a phethe. 7 Etswe ke buile le baholoholo ba lona ka thata mohla ke neng ke ba ntsha Egepeta ka re: “Mamelang lentswe la ka.” Ke fane ka keletso ena ka makgetlo* ho fihlela letsatsing lena.+ 8 Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe. Ho ena le hoo, kaofela ha bona ba ne ba le manganga mme ba nna ba latela dipelo tsa bona tse kgopo.+ Ka hoo, ka ba fa kotlo ho ya ka mantswe ohle a selekane sena ao ke ba laetseng hore ba a phethe yaba ba hana ho a phetha.’”
9 Yaba Jehova o re ho nna: “Ho na le mmommori hara batho ba Juda le baahi ba Jerusalema. 10 Ba kgutletse diphosong tsa kgale tsa baholoholo ba bona ba hanneng ho mamela mantswe a ka.+ Le bona ba latetse medimo e meng mme ba e sebeletsa.+ Ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda ha ba a tshepahalla selekane sa ka seo ke se entseng le baholoholo ba bona.+ 11 Ka hona, Jehova o re: ‘Ke ba tlisetsa tlokotsi+ eo ba ke keng ba kgona ho e baleha. Ha ba nkgweletsa ho kopa thuso, nke ke ka ba mamela.+ 12 Batho ba metse ya Juda le baahi ba Jerusalema ba tla ya ho medimo eo ba e etsetsang mahlabelo* ho e kopa thuso+ empa e ke ke ya ba pholosa ho hang nakong eo ba welwang ke tlokotsi. 13 Etswe medimo ya hao e mengata jwalo ka metse ya hao, wena Juda. O entse dialetare mme hodima tsona o etsa mahlabelo bakeng sa Baale, modimo ya hlabisang dihlong. Dialetare tseo di ngata jwalo ka diterata tsa Jerusalema.’+
14 Ha e le wena,* o se ke wa rapella setjhaba sena. O se ke wa hweletsa ho se kopela thuso kapa wa se rapella+ hobane ke tla be ke sa mamela ha se nkgweletsa nakong eo se leng tlokotsing.
15 Batho ba ka bao ke ba ratang ba na le tokelo efe ya ho ba ka tlung ya ka,
Ha bongata ba bona bo phethile merero e kgopo?
Na ba tla sebedisa nama e halalelang* ho etsa hore tlokotsi e suthele hole nakong eo e o* tlelang?
Na o tla thaba ka nako eo?
16 Jehova o kile a o bitsa sefate sa mohlwaare se atlehileng haholo,
Se setle se bileng se nang le ditholwana tse ntle.
Empa ha eba le lerata le leholo mme a o tjhesa ka mollo.
Ba robile makala a hao.
17 Jehova wa mabotho ya o lemmeng,+ o phatlaladitse hore tlokotsi e tla o tlela ka lebaka la bokgopo bo entsweng ke ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda, ba ntshitetsweng ka ho etsetsa Baale mahlabelo.”+
18 Jehova, o mpoleletse e le hore ke tsebe.
Ka nako eo, o entse hore ke bone hore na ba ntse ba etsang.
19 Ke ne ke le jwalo ka konyana e bonolo e tlo hlajwa.
Ke ne ke sa tsebe hore ba ntherile ba ntse ba re:+
“A re senyeng sefate le ditholwana tsa sona,
Re mo bolaye
E le hore lebitso la hae le se ke la hlola le hopolwa.”
20 Empa Jehova wa mabotho o ahlola ka toka.
O hlahloba menahano e tebileng* le pelo.+
Ere ke bone ha o iphetetsa ho bona
Etswe ke siile nyewe ya ka matsohong a hao.
21 Ka hona, Jehova o re ka batho ba Anathothe+ ba batlang ho o bolaya le ba reng: “O se ke wa profeta ka lebitso la Jehova,+ ho seng jwalo re tla o bolaya ka matsoho a rona,” 22 Jehova wa mabotho o re: “Ke tlo ba ahlola. Bara le baradi ba bona ba tla bolawa ke tlala.+ Bahlankana ba tla bolawa ka sabole.+ 23 Ho ke ke ha eba le ba setseng hara bona hobane ke tla tlisetsa batho ba Anathothe+ tlokotsi ka selemo sa ho ahlolwa ha bona.”
12 Jehova,+ o Modimo ya lokileng. Ha ke ipelaetsa ho wena,
Le ha ke bua ka dikahlolo tsa hao, o sebetsa dintho ka toka.
Empa ke hobaneng ha batho ba kgopo ba atleha?+
Ke hobaneng ha balotsana ba sa tshwenyehe?
2 O ba hlomme mme ba metse ka metso.
Ba hodile mme ba hlahisitse ditholwana.
O melomong ya bona empa dipelo* tsa bona di hole le wena.+
3 Empa Jehova,+ o ntseba hantle, o a mpona.
O hlahlobile pelo ya ka mme wa e fumana e o tshepahalla.+
Ba qolle jwalo ka dinku tse lokelang ho hlajwa.
O ba behelle ka thoko bakeng sa letsatsi la polao.
Diphoofolo le dinonyana di shwele
Ka lebaka la bokgopo ba batho ba dulang ho yona.
Ba itse: “Ha a bone hore na ho tla etsahalang ka rona.”
O ka ikutlwa o sireletsehile naheng e nang le kgotso
Empa o tla etsang ha o le hara mefero e teteaneng ya Jordane?
Ba o rohakile.
O se ke wa ba tshepa
Esita le ha ba o bolella dintho tse monate.
7 Ke siile ntlo ya ka,+ ke tlohetse lefa la ka.+
Ke nehelane ka batho ba ka bao ke ba ratang letsohong la dira tsa bona.+
8 Ke lefa la ka empa ba fetohile tau e morung.
Ba nkgarumetse.
Ka hoo, ke se ke ba hloile.
9 Ke bona lefa la ka le tshwana le nonyana e mebalabala* e jang nama.
Dinonyana tse ding tse jang nama di a le potapota le ho le hlasela.+
Tloong, bokanang, lona dibata tsohle tsa naha,
Tloong le je.+
10 Badisa ba bangata ba sentse serapa sa ka sa morara.+
Ba hataketse karolo ya ka ya naha.+
Ba fetotse karolo e ntle ya naha ya ka sebaka se se nang letho.
11 E senyehile.
E omeletse.*
E fetohile sebaka se se nang letho ka pela ka.+
Naha yohle e senyehile
Empa ha ho na motho ya tsotellang.+
12 Batho ba senyang ba tlile ka ditsela tsohle tse tsamauwang haholo lefeelleng
Hobane sabole ya Jehova e fedisa batho ba naha ena yohle.+
Ha ho na kgotso bakeng sa mang kapa mang.*
13 Ba jetse koro empa ba kotutse meutlwa.+
Ba sebeditse hore ba be ba kgathale empa ha ba a fumana molemo wa letho.
Ba tla swabela dijalo tsa bona
Ka lebaka la bohale bo tukang ba Jehova.”
14 Jehova o re: “Baahisani bohle ba ka ba kgopo, ba hlaselang naha eo ke entseng hore setjhaba sa ka sa Iseraele se dule ho yona,+ ke ba fothola naheng ya bona+ mme ke tla fothola ba ntlo ya Juda hara bona. 15 Empa ka mora hore ke ba fothole, ke tla boela ke ba hauhele mme ke kgutlisetse e mong le e mong wa bona lefeng la hae ha mmoho le tshimong ya hae.”
16 “Haeba ba etsa bonnete ba hore ba ithuta ditsela tsa setjhaba sa ka le ho hlapanya ka lebitso la ka ba re: ‘Ka Jehova ya phelang!’ feela jwalo ka ha ba rutile setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, jwale ba tla balellwa hara setjhaba sa ka. 17 Empa haeba ba hana ho mamela, le nna ke tla fothola setjhaba seo, ke se fothole le ho se fedisa,” ke Jehova ya tjhong.+
13 Jehova o itse ho nna: “Tsamaya, o ithekele lebanta la line mme o le tlame thekeng empa o se ke wa le kenya ka metsing.” 2 Ka hoo, ka reka lebanta jwalo ka ha Jehova a ne a ntaetse yaba ke le tlama thekeng. 3 Jehova a boela a re ho nna: 4 “Nka lebanta leo o le rekileng, le thekeng la hao, o tlohe o ye Eufrate mme o le pate lepatsong la lefika.” 5 Ka hoo, ka ya mme ka le pata Eufrate feela jwalo ka ha Jehova a ntaetse.
6 Empa ka mora matsatsi a mangata Jehova a re ho nna: “Tsamaya o ye Eufrate, o yo nka lebanta leo ke o laetseng hore o le pate.” 7 Ka hoo, ka ya Eufrate. Ka tsetolla lebanta moo ke neng ke le patile teng. Ka fumana le senyehile le se na thuso ho hang.
8 Jwale Jehova a re ho nna: 9 “Jehova o re: ‘Boikgohomoso ba Juda le boikgohomoso bo bongata ba Jerusalema bo tla tshwana le lebanta lena.+ 10 Batho bana ba kgopo ba hanang ho mamela mantswe a ka,+ bao ka manganga ba latelang dipelo tsa bona+ le ba latelang medimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela, ba tla ba feela jwalo ka lebanta lena le se nang thuso ho hang. 11 Etswe feela jwalo ka ha lebanta le itshwarella thekeng la motho, ke entse hore bohle ba ntlo ya Iseraele le bohle ba ntlo ya Juda ba itshwarelle ka nna e le hore e be setjhaba sa ka,+ botumo ba ka,+ thoriso ya ka le hore ba ntlhomphe. Empa ha ba a ka ba mamela,’ ke Jehova ya tjhong.+
12 O boele o ba fe molaetsa ona: ‘Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Nkgo e nngwe le e nngwe e kgolo e lokela ho tlatswa veine.”’ Ba tla re: ‘Re se re ntse re tseba hore nkgo e nngwe le e nngwe e kgolo e lokela ho tlatswa veine.’ 13 Ebe o re ho bona: ‘Jehova o re: “Ke fa baahi bohle ba naha ena, marena a dutseng teroneng ya Davida, baprista le baprofeta le baahi bohle ba Jerusalema veine e ngata ho fihlela ba tahwa.+ 14 Ke tla ba thulanya, ke etse ntho e tshwanang ho bo ntate le bara,” ke Jehova ya tjhong.+ “Nke ke ka ba qenehela, ka sarelwa kapa ka ba hauhela. Ha ho na letho le tla nthibela ho ba fedisa.”’+
15 Thehang tsebe le mamele.
Le se ke la ikgohomosa etswe ke Jehova ya buileng.
16 Rorisang Jehova Modimo wa lona
Pele a etsa hore ho be lefifi
Le pele maoto a lona a kgoptjwa dithabeng ka shwalane.
Le tla lebella lesedi
Empa o tla etsa moriti o lefifi,
O tla etsa hore lesedi le fetohe lefifi le letsho.+
17 Haeba le hana ho mamela,
Ke tla llela lekunutung ka lebaka la boikgohomoso ba lona.
18 E re ho morena le ho mme wa morena:*+ ‘Dulang sebakeng se tlase
Ka ha korone ya lona e ntle e tla theoha dihloohong tsa lona.’
19 Dikeiti tsa metse ya borwa di kwetswe,* ha ho ya di bulang.
Batho bohle ba Juda ba hapuwe, ba hapuwe kaofela.+
20 Jerusalema, phahamisa mahlo mme o bone ba tswang leboya.+
O kae mohlape oo o o filweng, dinku tsa hao tse ntle di kae?+
Na o ke ke wa otlwa ke mahlaba a kang a mosadi ya pepang?+
22 Ha o re ka pelong: ‘Ke hobaneng ha ke hlahetswe ke dintho tsee?’+
Ke ka lebaka la phoso ya hao e kgolo o hlobodisitsweng mose+
Le direthe tsa hao di utlwileng bohloko haholo.
23 Na Mokushe* a ka fetola letlalo la hae kapa lengau la fetola maroboko a lona?+
Haeba ho jwalo, le lona le ka etsa dintho tse lokileng,
Lona batho ba rutilweng ho etsa bobe.
24 Ka hoo, ke tla le hasanya jwalo ka mmoko o fefolwang ke moya wa lehwatata.+
25 Ena ke ntho e tla o* etsahalla, eo ke o abetseng yona
Hobane o ntebetse+ mme o tshepile leshano,”+ ke Jehova ya tjhong.
26 Ka hoo, ke tla phahamisa mose wa hao o o kwahele sefahleho
mme dihlong tsa hao di tla ba powaneng.+
27 Bofebe ba hao+ le sello sa hao se kang sa pere e palesitseng
Ha mmoho le botekatse ba hao bo swabisang, di tla ba powaneng.
Maralleng le hara naha
Ke bone boitshwaro ba hao bo nyontshang.+
O madimabe, wena Jerusalema.
O tla dula o sa hlweka ho fihlela neng?”+
14 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia ka komello:+
2 Juda e utlwile bohloko+ mme dikeiti tsa yona di senyehile.
Di wetse fatshe, di swahlamane,
Ho utlwahala sello sa baahi ba Jerusalema.
3 Benghadi ba rometse bahlanka* ba bona ho tla le metsi.
Ba ya didibeng* empa ha ba fumane metsi.
Ba kgutla dinkgo tsa bona di se na letho.
Ba swabile mme ba swetsehile,
Ba ikwahela dihlooho.
4 Dihwai di nyahame mme di ikwahetse dihlooho
Hobane lefatshe le peperane
Ka ha ha ho na pula naheng.+
5 Le kgama e tshehadi e naheng e lahlile namane ya yona e sa tswa tswalwa
Hobane ha ho na jwang.
6 Ditonki tse hlaha di ema maralleng a hlobotseng.
Di hemesela jwalo ka diphokojwe,
Mahlo a tsona a a kgathala hobane ha di fumane dimela.+
7 Le hoja diphoso tsa rona di paka hore re molato,
Jehova, re thuse molemong wa lebitso la hao+
Hobane re hlolehile ho o tshepahalla ka makgetlo a mangata,+
Re o sitetswe.
8 Wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi+ wa yona nakong ya mahlomola,
Ke hobaneng ha o tshwana le moditjhaba naheng
Jwalo ka motsamai ya fapohelang feela hore a robaletse bosiu bo le bong?
9 Ke hobaneng ha o le jwalo ka motho ya tsielehileng?
Ke hobaneng ha o sa re pholose le hoja o le matla?
O se ke wa re lahla.
10 Jehova o re ka batho bana: “Ba rata ho lelera,+ ha ba a thiba maoto a bona.+ Ka hoo, Jehova ha a kgahlwe ke bona.+ O tla hopola diphoso tsa bona mme o tla ba bitsa hore ba ikarabelle bakeng sa dibe tsa bona.”+
11 Yaba Jehova o re ho nna: “O se ke wa rapella hore dintho di tsamaele batho bana hantle.+ 12 Ha ba itima dijo, ha ke mamele dikopo tsa bona.+ Ha ba fana ka dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tsa dijo,* ha ke kgahlwe+ ka ha ke tla ba fedisa ka sabole, tlala le lefu la sewa.”+
13 Yaba ke re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, baprofeta ke bana ba re ho bona: ‘Ho ke ke ha eba le ntwa mme le ke ke la bolawa ke tlala. Ho ena le hoo, Modimo o tla le fa kgotso ya nnete sebakeng sena.’”+
14 Jehova a re ho nna: “Baprofeta bao ba profeta mashano ka lebitso la ka.+ Ha ke a ka ka ba roma, ka ba laela kapa ka bua le bona.+ Ba le bolella pono ya bohata, bonohe bo se nang thuso le mashano ao ba iqapetseng ona.*+ 15 Ka hoo, Jehova o re: ‘Ha e le baprofeta ba profetang ka lebitso la ka empa ke sa ba roma, ba reng ho ke ke ha eba le ntwa kapa tlala naheng ena, ba tla fediswa ka sabole le tlala.+ 16 Batho bao ba ba profetelang, basadi ba bona, bara le baradi ba bona ba tla bolawa ke tlala le sabole. Ditopo tsa bona di tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema mme ha ho motho ya tla ba pata+ hobane ke tla ba tlisetsa tlokotsi e ba loketseng.’+
17 O ba bolelle mantswe ana:
‘Mahlo a ka a ke a tsholohe meokgo bosiu le motshehare, e se ke ya kgaotsa ho tsholoha+
Hobane moradi wa setjhaba sa ka wa morwetsana o otluwe ha bohloko,+
Leqeba la hae le lebe haholo.
18 Ha ke ya tshimong mme ke re mahlo tloha!
Ka bona ba bolailweng ka sabole.+
Ha ke fihla motseng
Ka bona batho ba bolawang ke tlala.+
Moprofeta le moprista ba tjhalaketse naheng eo ba sa e tsebeng.’”+
19 Na o lahletse Juda ruri kapa na o nyonya Sione?+
Ke hobaneng ha o re otlile? Jwale ha re fole.+
Re ne re tshepile hore ho tla ba le kgotso empa ha ho letho le molemo le hlahileng.
Re ne re tshepile hore ho tla ba le nako ya ho fodisa empa ke matswalo feela.+
21 O se ke wa re lahla molemong wa lebitso la hao.+
O se ke wa nyefola terone ya hao e kganyang.
Hopola selekane sa hao le rona mme o se ke wa se fetohela.+
22 Hara medimo* ya ditjhaba e se nang thuso, na o teng o ka nesang pula
Kapa na mahodimo a ka fana ka dipula ka bo ona?
Jehova Modimo wa rona, na ha se wena feela ya ka etsang jwalo?+
Re o tshepile
Hobane ke wena feela ya entseng dintho tsena tsohle.
15 Yaba Jehova o re ho nna: “Le haeba Moshe le Samuele ba ne ba eme ka pela ka,+ ke ne nke ke ka hauhela batho bana. Ba tlose ka pela ka. Ba tlohele ba tsamaye. 2 Haeba ba re ho wena: ‘Ho tla etsahalang ka rona?’ O re ho bona: ‘Jehova o re:
“Ba bang ba lona ba tla bolawa ke lefu la sewa,
Ba bang ba bolawe ka sabole,+
Ba bang ba shwe ka lebaka la tlala,
Ba bang bona ba hapuwe.”’+
3 Jehova o re: ‘Ke tla ba tlisetsa ditlokotsi tse nne,’*+ sabole e tla ba bolaya, dintja di tla hulanya ditopo tsa bona, dinonyana le diphoofolo di tla ja le ho senya.+ 4 Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e tshohe ha e bona ntho e ba hlahetseng.+ Ke tla etsa jwalo ka lebaka la ntho eo Manase mora wa Ezekiase, morena wa Juda, a e entseng Jerusalema.+
5 Ke mang ya tla o qenehela, wena Jerusalema?
Ke mang ya tla o utlwela bohloko?
Hape ke mang ya tla tla a botsa hore na o phela jwang?’
Ka hoo, ke tla phahamisa letsoho, ke o otle mme ke o fedise.+
Ke kgathetse ke ho o hauhela.*
7 Ke tla olosa batho ba ka ka fereko dikeiting tsa naha.
Ke tla ba amoha bana.+
Ke tla fedisa batho ba ka
Ka ha ba hana ho furalla ditsela tsa bona.+
8 Bahlolohadi ba bona ba tla ba bangata ho feta lehlabathe la lewatle ka pela ka.
Motshehare ke tla tlisetsa bomme le bara ba bona motho ya fedisang.
Ke tla etsa hore ba tshohe ba be ba ferekane hanghang.
9 Mosadi ya bileng le bana ba supileng o feletswe ke matla,
O hema ka thata.
Letsatsi la hae le diketse e sa ntse e le motshehare,
O swabile ebile o tlotlolohile.*
Ba fokolang ba bona ba setseng
Ke tla ba nehella sabole ka pela dira tsa bona,’ ke Jehova ya tjhong.”+
Ha ke a adimana kapa hona ho adima
Empa kaofela ha bona ba a nthohaka.
11 Jehova o itse: “Ka nnete ke tla o sebeletsa e le hore ke o thuse.
Ruri ke tla o thusetsa nakong ya tlokotsi,
Nakong ya mahlomola, ha sera se o hlasela.
12 Na o teng motho ya ka robang tshepe dikoto,
Ya ka robang koporo le tshepe e tswang leboya?
13 Ke tla fa dira tsa hao* maruo a hao le matlotlo a hao+
Ba sa a lefelle, ka lebaka la dibe tsohle tsa hao dibakeng tsohle tsa hao.
Etswe mollo o hoteditswe ke bohale ba ka,
O a o tukela.”+
15 O tseba mathata a ka, Jehova.
Nkgopole mme o nkele hloko.
O iphetetse ho bahlorisi ba ka bakeng sa ka.+
O se ke wa ithiba bohale yaba o ntlohella hore ke timele.*
Tseba hore ke jere thohako molemong wa hao.+
16 Ke ile ka fumana mantswe a hao yaba ke a tebisetsa pelong.*+
Lentswe la hao le ile la thabisa le ho nyakallisa pelo ya ka
Ka ha ke nnile ka bitswa ka lebitso la hao, Jehova Modimo wa mabotho.
17 Ha ke dule hara batho ba etsang meswaso ebe ke ithabisa le bona.+
Ke dula ke le mong hobane letsoho la hao le hodima ka.
O entse hore ke halefe ka lebaka la dintho tseo ba di entseng.*+
18 Ke hobaneng ha ke ena le bohloko bo sa feleng le leqeba le sa foleng?
Le hana ho fola.
Na o tla ba jwalo ka sediba se se nang metsi,
Se ke keng sa tsheptjwa?
19 Ka hona, Jehova o re:
“Haeba o kgutla, ke tla o kgutlisetsa boemong ba hao
Mme o tla ema ka pela ka.
Haeba o arola dintho tsa bohlokwa ho dintho tse se nang thuso,
O tla ba mmuelli wa ka.*
Ba tla tlameha ho tla ho wena
Empa wena o ke ke wa ya ho bona.
20 Ke o etsa lerako la koporo le tiileng hara batho bana.+
Ba tla fela ba o lwantshe
Empa ba ke ke ba o hlola+
Hobane ke na le wena ho o pholosa le ho o lopolla,” ke Jehova ya tjhong.
21 “Ke tla o pholosa letsohong la ba kgopo,
Ke o lopolle letsohong la ba sehloho.”
16 Jehova a boela a re ho nna: 2 “O se ke wa nyala mosadi mme o se ke wa ba le bara le baradi naheng ena. 3 Etswe Jehova o re ka bara le baradi ba hlahetseng naheng ena le ka bomme ba bona le bontate ba bona: 4 ‘Ba tla bolawa ke mafu+ empa ha ho na motho ya tla utlwa bohloko hobane ba shwele kapa a ba pate. Ba tla ba jwalo ka moitedi hodima lefatshe.+ Ba tla fediswa ka sabole le tlala+ mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana le tsa dibata.’
5 Jehova o re:
‘O se ke wa kena ka tlung ya ba llang,
O se ke wa ya lla kapa wa fana ka matshediso.+
Ke tlositse kgotso ya ka bathong bana
Ha mmoho le lerato la ka le mohau,’ ke Jehova ya tjhong.+
6 ‘Ba baholo le ba banyenyane ba tla shwa naheng ena.
Ba ke ke ba patwa,
Ha ho na motho ya tla ba llela
Ebile ha ho ya tla itsheha kapa a ipeole bakeng sa bona.*
7 Ha ho na motho ya tla fa ba llang dijo
E le ho ba tshedisa hobane ba shwetswe.
Ha ho ya tla ba fa kopi ya matshediso
Hore ba se ke ba nwa ka lebaka la ho lahlehelwa ke ntate kapa mme.
8 O se ke wa kena ka tlung ya mokete
Ho dula le bona hore o je o nwe.’
9 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Mehleng ya lona, ke tla fedisa modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa naheng ena ka pela mahlo a lona.’+
10 Etlare ha o bolella setjhaba sena mantswe ana ohle, se tla re ho wena: ‘Ke hobaneng ha Jehova a buile ka tlokotsi e kaalekaale e tla re wela? Ke phoso efe le sebe sefe seo re sitetsweng Jehova Modimo wa rona ka sona?’+ 11 O re ho sona: ‘Jehova o re: “Ke hobane bontate ba lona ba ntahlile+ mme ba nnile ba latela medimo e meng, ba e sebeletsa le ho e inamela.+ Empa nna ba ntahlile le molao wa ka ha ba a o boloka.+ 12 Le entse hampe ho feta baholoholo ba lona,+ e mong le e mong ka manganga o latela pelo ya hae e mpe ho ena le ho mmamela.+ 13 Ka hoo, ke tla le ntsha naheng ena ke le lahlele naheng eo lona ha mmoho le baholoholo ba lona le sa kang la e tseba.+ Le tla sebeletsa medimo e meng moo bosiu le motshehare+ hobane nke ke ka le hauhela.”’
14 Jehova o re: ‘Le ha ho le jwalo, matsatsi a tla, ao ka ona ba ke keng ba hlola ba re: “Re ikana ka Jehova ya phelang ya ntshitseng batho ba Iseraele naheng ya Egepeta”+ 15 empa ba tla re: “Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng bana ba Iseraele naheng e ka leboya le dinaheng tsohle tseo a neng a ba qhalakanyeditse ho tsona!” Ke tla ba kgutlisetsa naheng ya bona eo ke e fileng baholoholo ba bona.’+
16 Jehova o re: ‘Ke bitsa batshwasi ba bangata ba ditlhapi,
Batshwasi bao ba tla ba tshwasa.
Ka mora moo, ke tla bitsa ditsomi tse ngata,
Di tla ba tsoma thabeng e nngwe le e nngwe
Le leralleng le leng le le leng le mapatsong a mafika.
17 Etswe mahlo a ka a shebile dintho tsohle tseo ba di etsang.*
Ba ke ke ba ipata moo nke keng ka ba bona
Ebile ba ke ke ba mpatela diphoso tsa bona.
18 Pele ho tsohle, ke tla ba fa moputso o feletseng wa diphoso le dibe tsa bona+
Ka ha ba silafaditse naha ya ka ka ditshwantsho tsa bona tse sa pheleng* tse nyonyehang
mme ba tlatsitse lefa la ka ka dintho tsa bona tse nyonyehang.’”+
19 Jehova, matla a ka le setshabelo sa ka,
Sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola,+
Ditjhaba di tla tla ho wena di tswa dikgutlong tsa lefatshe.
Di tla re: “Baholoholo ba rona ba jele lefa la ho rapela medimo ya bohata,*
Lefeela le dintho tse se nang thuso.”+
20 Na motho a ka iketsetsa medimo?
Eo a e etsang e tla be e se medimo ya nnete.+
21 “Jwale ke tla etsa hore ba tsebe,
Ka nako eo ke tla etsa hore ba tsebe matla a ka le bonatla ba ka,
Ba tla tseba hore lebitso la ka ke Jehova.”
17 “Sebe sa Juda se ngotswe fatshe ka pene ya tshepe.
Se ngotswe ka motsu wa taemane dipelong tsa bona
Le manakeng a dialetare tsa bona.
2 Le bara ba bona ba hopola dialetare tsena le dipalo tse halalelang*+
Tse pela sefate se behang haholo, hodima maralla a phahameng,+
3 Hodima dithaba tse naheng.
Ke tla nehelana ka maruo a hao le matlotlo ohle a hao hore a hapuwe,+
Ke nehelane ka dintho tse dibakeng tsa hao tse phahameng ka lebaka la sebe dibakeng tsohle tsa hao.+
4 Ka ho rata, o tla lahla lefa la hao leo ke o fileng lona.+
Hape ke tla etsa hore o sebeletse dira tsa hao naheng eo o sa e tsebeng+
Mollo oo o tla tuka ka ho sa feleng.”
5 Jehova o re:
6 O tla ba jwalo ka sefate se emeng se le seng lehwatateng.
A ke ke a bona dintho tse molemo
Empa o tla dula dibakeng tse omeletseng lefeelleng,
Naheng e letswai moo ho se nang motho ya ka dulang.
8 O tla ba jwalo ka sefate se lenngweng haufi le metsi,
Seo metso ya sona e namelang molapong.
A ke ke a utlwa motjheso ha ho tjhesa haholo,
Ho ena le hoo, makgasi a hae a tla dula a le matle.+
Selemong sa komello a ke ke a tshwenyeha
Kapa a kgaotsa ho beha ditholwana.
9 Pelo e bolotsana ho feta ntho le ha e le efe ebile e tsitlella seo e se batlang.*+
Ke mang ya ka e tsebang?
10 Nna Jehova, ke hlahloba pelo,+
Ke phenya menahano e tebileng*
E le hore ke fe e mong le e mong ho ya ka ditsela tsa hae,
Ho ya ka ditholwana tsa mesebetsi ya hae.+
Ka mora nako maruo ao a tla mo siya,
Qetellong ho tla hlaka hore ha a na kelello.”
13 Jehova, tshepo ya Iseraele,
Bohle ba o furallang ba tla hlajwa ke dihlong.
Ba o kwenehelang* ba tla nyamela jwalo ka mongolo o mobung+
Hobane ba furaletse Jehova, mohlodi wa metsi a bophelo.+
14 Mphodise, Jehova mme ke tla fola.
Mpholose mme ke tla pholoha+
Ka ha ke wena eo ke mo rorisang.
15 Ho na le ba reng ho nna:
“Ke hobaneng ha mantswe a Jehova a eso phethahale?+
A ke a phethahale hle!”
16 Empa ha e le nna, ha ke a ka ka tlohela ho o sala morao jwalo ka modisa
Ebile ha ke a ka ka lakatsa letsatsi la koduwa.
O tseba hantle dintho tsohle tseo molomo wa ka o di buileng,
Kaofela di etsahetse ka pela sefahleho sa hao.
17 O se ke wa etsa hore ke tshohe.
O setshabelo sa ka letsatsing la tlokotsi.
E se eka ba ka tshoha
Empa o se ke wa dumella hore ke tshohe.
19 Jehova o ile a re ho nna: “Eya mme o eme keiting ya bara ba setjhaba eo marena a Juda a kenang le ho tswa ka yona le dikeiting tsohle tsa Jerusalema.+ 20 O re ho bona: ‘Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda, batho bohle ba Juda le baahi bohle ba Jerusalema ba kenang ka dikeiti tsena. 21 Jehova o re: “Itebeleng mme le se ke la jara thoto le ha e le efe kapa la e kenya ka dikeiti tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha.+ 22 Le se ke la ntsha thoto le ha e le efe malapeng a lona ka letsatsi la Sabatha mme ho hang le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe.+ Le boloke letsatsi la Sabatha le halalela feela jwalo ka ha ke laetse baholoholo ba lona.+ 23 Empa ha ba a ka ba mamela kapa ba sekeha tsebe mme ka manganga ba ile ba hana ho mamela* ha ba kgalemelwa.”’+
24 Jehova o boetse o re: ‘Haeba le mmamela ka hloko, le sa kenye thoto le ha e le efe ka dikeiti tsa motse ona ka letsatsi la Sabatha mme le boloka letsatsi la Sabatha le halalela ka ho se etse mosebetsi le ha e le ofe letsatsing leo+ 25 jwale marena le dikgosana tse dulang teroneng ya Davida+ di tla kena le dikeiting tsa motse ona. Marena le dikgosana tsa ona, banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba tla kena ba palame dikariki le dipere+ mme motse ona o tla dula o ena le baahi ka ho sa feleng. 26 Batho ba tla tla ba tswa metseng ya Juda, ba tswa dibakeng tse potolohileng Jerusalema, ba tswa naheng ya Benjamine,+ ba tswa mabalane,+ ba tswa dibakeng tse dithaba le Negebe.* Ba tla tlisa dinyehelo tsa setjheso,+ mahlabelo,+ dinyehelo tsa dijo,*+ dibano tse tshweu le mahlabelo a diteboho ka tlung ya Jehova.+
27 Empa haeba le sa mmamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela mme le jara dithoto le ho kena ka tsona dikeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa dikeiti tsa yona ka mollo. Ruri mollo o tla tjhesa ditora tsa Jerusalema tse tiileng+ mme o ke ke wa tima.’”+
18 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella Jeremia: 2 “Ema, o theohele ntlong ya sebopi+ mme ke tla o bolella mantswe a ka moo.”
3 Ka hoo, ka theohela ntlong ya sebopi mme se ne se bopela hodima mabidi. 4 Empa sejana seo sebopi se neng se se etsa ka letsopa se ile sa senyeha ka letsohong la sona. Yaba sebopi se bopa letsopa leo, se etsa sejana se seng ka tsela eo se batlang.*
5 Jehova a re ho nna: 6 “‘Na nka hloleha ho etsa ka lona ka moo sebopi se entseng ka letsopa, lona ba ntlo ya Iseraele?’ ke Jehova ya tjhong. ‘Bonang! Jwalo ka letsopa letsohong la sebopi, le lona le jwalo letsohong la ka, lona ba ntlo ya Iseraele.+ 7 Neng kapa neng ha nka bua ka ho fothola, ho diha le ho senya setjhaba kapa mmuso+ 8 ebe setjhaba seo se tlohela bokgopo ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo ke neng ke rerile ho se tlisetsa yona.+ 9 Empa neng le neng ha ke bua ka ho haha le ho hloma setjhaba kapa mmuso 10 ebe se etsa dintho tse fosahetseng mahlong a ka mme ha se mmamele, ke tla fetola maikutlo* ka molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa wona.’
11 “Ke kopa o re ho banna ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: ‘Jehova o re: “Ke ntse ke hlophisa* tlokotsi le ho nahana hore na ke tla le fa kotlo e jwang. Ke kopa le furalle ditsela tsa lona tse mpe mme le lokise ditsela tsa lona le ditlwaelo tsa lona.”’”+
12 Empa ba re: “Ha ho na thuso.+ Re tla latela menahano ya rona mme e mong le e mong ka manganga o tla latela pelo ya hae e mpe.”+
13 Ka hona Jehova o re:
“Ka kopo, ipotsetseng hara ditjhaba.
Ke mang ya utlwileng ntho e kang ee?
Morwetsana wa Iseraele o entse ntho e tshabehang haholo.+
14 Na lehlwa la dithaba tsa Lebanone le a qhibidiha mafikeng a tsona?
Kapa na metsi a phodileng a phallang a hlaha hole a ka psha?
15 Empa batho ba ka ba ntebetse.+
Ba etsetsa ditshwantsho tse se nang thuso mahlabelo*+
Ebile ba kgeloha ditsela tsa bona, ditsela tsa kgale+
Hore ba tsamaye ditseleng tse ka thoko tse sa batallang le tse tletseng makukuno*
E mong le e mong ya fetang pela yona o tla sheba a tshohile mme a sisinye hlooho.+
17 Ke tla ba hasanya ka pela sera jwalo ka ha moya wa botjhabela o hasanya.
Ke tla ba furalla, ke ba patele sefahleho sa ka,* ka letsatsi la koduwa ya bona.”+
18 Yaba ba re: “Tloong, re etsetseng Jeremia mmommori+ etswe baprista ba rona ke bona ba tla tswela pele ho re tsebisa molao,* ke banna ba bohlale ba tla re eletsa le baprofeta ba tla tswela pele ho re bolella lentswe. Tloong mme re mo qose,* re se ke ra mamela hore na o reng.”
19 Mmamele Jehova,
O utlwe hore na bahanyetsi ba ka ba reng.
20 Na botle bo lokela ho buseletswa ka bobe?
Ba tjhekile sekoti e le hore ba mpolaye.+
Hopola ka moo ke neng ke eme ka pela hao ho ba buella hantle
Hore o se ke wa ba halefela.
E se eka basadi ba bona ba ka shwelwa ke bana le ke banna.+
E se eka banna ba bona ba ka bolawa ke lefu la sewa le kotsi,
Bahlankana ba bona ba bolawe ka sabole ntweng.+
22 Ho ke ho utlwahale sello ka matlung a bona,
Ha o ba tlisetsa sera ho ba futuhela ba sa lebella
Hobane ba tjhekile sekoti hore ba nkgape,
Ba ntjhehetse leraba hore ba ntshwase.+
O se ke wa tshwarela phoso ya bona
Mme o se ke wa iphapanyetsa sebe sa bona.
19 Jehova o itse: “Eya mme o reke botlolo ya letsopa ho sebopi.+ O bitse ba bang ba baholo ba setjhaba le ba bang ba banna ba hlaheletseng ba baprista, 2 o ye Phuleng ya Mora wa Hinome,+ e Keiting ya Sebopi.* Ha o fihla moo, o phatlalatse mantswe ao ke tla o bolella ona. 3 O re: ‘Utlwang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le lona baahi ba Jerusalema. Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re:
“Haufinyane ke tlisa tlokotsi sebakeng sena mme ditsebe tsa mang kapa mang ya utlwang ka yona di tla hlohlona 4 hobane ba ntahlile+ mme ba entse hore ke se ke ka hlola ke tseba sebaka sena.+ Ba etsetsa medimo e meng mahlabelo mona, medimo eo bona, baholoholo ba bona le marena a Juda ba sa kang ba e tseba mme ba tlatsitse sebaka sena ka madi a ba se nang molato.+ 5 Ba hahile dibaka tse phahameng tsa Baale e le hore ba tjhese bara ba bona mollong e le dinyehelo tsa setjheso tse etsetswang Baale+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona kapa ka bua ka yona le eo ho seng mohla nkileng ka e nahana le ho e nahana.”’*+
6 Jehova o re: ‘Matsatsi a a tla ao ka ona sebaka sena se ke keng sa hlola se bitswa Tofethe kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome empa ho tla thwe ke Kgohlo ya Polao.+ 7 Ke tla thibela morero wa Juda le wa Jerusalema sebakeng sena mme ke tla etsa hore ba bolawe ka sabole ke dira tsa bona le ke letsoho la ba batlang ho ba bolaya. Ke tla fa dinonyana le dibata tsa lefatshe ditopo tsa bona hore e be dijo tsa tsona.+ 8 Ke tla etsa hore motse ona e be ntho e tshosang le ntho e letsetswang molodi. E mong le e mong ya fetang pela wona o tla o sheba a tshohe mme a letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa wona.+ 9 Ke tla etsa hore ba je bara le baradi ba bona mme e mong le e mong o tla ja wa habo ka lebaka la ho thibellwa le ka lebaka la kgatello le tsietsi e bakilweng ke dira tsa bona tse batlang ho ba bolaya.”+
10 “Jwale o pshatle botlolo ka pela mahlo a banna ba tsamayang le wena, 11 o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke tla pshatla batho ba motse ona tjena jwalo ka ha motho a pshatla sejana sa sebopi hoo se ke keng sa kgona ho lokiswa. Ba tla pata ba shweleng Tofethe ho fihlela ho se ho se na sebaka sa ho pata ba bang.”’+
12 Jehova o re: ‘Ke tla etsa tjena ka sebaka sena le ho baahi ba sona, ke etse hore motse ona o be jwalo ka Tofethe. 13 Matlo a Jerusalema le matlo a marena a Juda a tla silafala jwalo ka Tofethe+ hobane ba ile ba etsetsa makgotla ohle a mahodimo mahlabelo marulelong a ona+ mme ba tshella medimo e meng dinyehelo tsa dino moo.’”+
14 Ha Jeremia a kgutla Tofethe moo Jehova a neng a mo romme ho ya profeta, a ema lebaleng la ntlo ya Jehova yaba o re ho setjhaba sohle: 15 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tlisetsa motse ona le ditoropo tsohle tsa wona tlokotsi yohle eo ke boletseng hore ke tla e tlisetsa wona hobane ka manganga ba hanne ho* mamela mantswe a ka.’”+
20 Moprista Pashkure mora wa Imere eo hape e neng e le molaodi ya etellang pele ka tlung ya Jehova, o ne a mametse ha Jeremia a ntse a profeta dintho tsena. 2 Jwale Pashkure a otla moprofeta Jeremia mme a mo kenya ditlamong+ tse neng di le Keiting e ka Hodimo ya Benjamine, e neng e le pela ntlo ya Jehova. 3 Empa ka letsatsi la bobedi ha Pashkure a ntsha Jeremia ditlamong, Jeremia a re ho yena:
“Jehova ha a o reha Pashkure empa o o rehile Tshabo ka Hohle.+ 4 Etswe Jehova o re: ‘Ke tla etsa hore wena le metswalle yohle ya hao le tshohe ka lebaka la ntho e tla o etsahalla mme metswalle ya hao e tla bolawa ka sabole ke dira tsa yona o ntse o shebile.+ Ke tla fa morena wa Babilona taolo hodima Juda yohle mme o tla hapa ba bang ba Bajuda a ba ise Babilona ebe ba bang o ba bolaya ka sabole.+ 5 Ke tla nehelana ka maruo a motse ona, dihlahiswa tsohle tsa wona, dintho tsohle tsa wona tsa bohlokwa le matlotlo ohle a marena a Juda matsohong a dira tsa bona.+ Ba tla di nka ka mahahapa mme ba di ise Babilona.+ 6 Ha e le wena Pashkure le bohle ba dulang ka tlung ya hao, le tla haptjwa. O tla ya Babilona o shwelle teng mme o tla patelwa teng le metswalle yohle ya hao hobane o ba profetetse leshano.’”+
7 O mmakaditse, Jehova mme ke ile ka makala.
O bontshitse hore o matla ho mpheta mme o hlotse.+
Ke fetohile ntho e tshehisang letsatsi lohle,
E mong le e mong o a ntshoma.+
8 Etswe neng kapa neng ha ke bua, ke lokela ho hweletsa ke re:
“Ntwa le timetso!”
Ke rohakilwe le ho songwa letsatsi lohle ka lebaka la lentswe la Jehova.+
9 Ka hoo ka re: “Nke ke ka bua ka yena.
Ha ke sa tla hlola ke bua ka lebitso la hae.”+
Empa ka pelong ya ka lentswe la Modimo la eba jwalo ka mollo o tukang o kwaletsweng masapong a ka.
Ke ne ke kgathetse ke ho le tiisetsa.
Ke ne ke sa kgone ho thola.+
Ba re: “Mo qoseng, a re mo qoseng.”
Batho bohle ba ntakaletsang kgotso ba ne ba shebile hore ke we.+
Ba re: “Mohlomong o tla etsa phoso e se nang kelello
Ebe re a hlola mme re iphetetsa ho yena.”
11 Empa Jehova o ne a ena le nna jwalo ka mohlabani ya tshosang.+
Ke ka lebaka leo ba ntlhorisang ba tla kgoptjwa mme ba se ke ba hlola.+
Ba tla hlajwa ke dihlong haholo hobane ba ke ke ba atleha.
Ba tla swaba ho ya ho ile mme tshwabo ya bona e ke ke ya lebalwa.+
12 Empa wena, Jehova wa mabotho, o hlahloba ya lokileng.
O bona menahano e tebileng* le pelo.+
13 Binelang Jehova! Rorisang Jehova!
O pholositse mofutsana matsohong a ba kgopo.
14 Ho rohakwe letsatsi leo ke tswetsweng ka lona.
E se eka letsatsi leo mme a ntswetseng ka lona le ke ke la hlohonolofatswa.+
15 Ho rohakwe motho ya tliseditseng Ntate ditaba tse monate a re:
“O tswaletswe mora, ngwana moshanyana!”
Yaba o mo thabisa haholo.
16 E se eka motho eo a ka ba jwalo ka metse eo Jehova a e timeditseng a sa ikwahlaye.
E se eka a ka utlwa mohoo hoseng le mokgosi motshehare.
17 Ke hobaneng ha ke sa ka ka shwa ke sa le ka popelong
E le hore mme a fetohe lebitla la ka
mme popelo ya hae e dule e imme?+
18 Ke hobaneng ha ke tswile ka popelong
Hore ke bone mathata le mesarelo
Hore ke qete bophelo ba ka ke swabile?+
21 Jeremia o ile a fumana molaetsa o tswang ho Jehova nakong eo Morena Tsedekia+ a neng a rometse Pashkure+ mora wa Malkija le Sofonia+ mora wa moprista Maseia ho Jeremia hore ba re: 2 “Re kopa o re botsetse ho Jehova hobane Morena Nebukadnezare* wa Babilona o a re lwantsha.+ Mohlomong Jehova o tla re etsetsa e meng ya mesebetsi ya hae e hlollang e le hore morena eo a re tlohele.”+
3 Jeremia a re ho bona: “Le tle le re ho Tsedekia: 4 ‘Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Ke etsa hore dibetsa tsa ntwa tse matsohong a lona di le fetohele, e leng dibetsa tseo le lwantshang morena wa Babilona+ ka tsona le Bakalde ba ka nqane ho lerako ba le thibeletseng. Ke tla di bokella ka hara motse ona. 5 Ke tla le lwantsha ka letsoho la ka,+ matla a ka, ka bohale bo tukang le ka kgalefo.+ 6 Ke tla otla baahi ba motse ona, batho ha mmoho le diphoofolo. Ba tla bolawa ke lefu le kotsi la sewa.”’+
7 Jehova o boetse o re: ‘Ka mora moo, Morena Tsedekia wa Juda le bahlanka ba hae le batho ba motse ona ba phonyohileng lefu la sewa, sabole le tlala, ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* wa Babilona, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya.+ Morena Nebukadnezare o tla ba bolaya ka sabole. A ke ke a ba utlwela bohloko le ha e le ho ba qenehela kapa ho ba hauhela.’”+
8 “O re ho setjhaba sena: ‘Jehova o re: “Ke beha tsela ya bophelo le tsela ya lefu ka pela lona. 9 Batho ba tla sala motseng ona ba tla bolawa ke sabole, tlala le lefu la sewa. Empa mang kapa mang ya tswang mme a inehela ka pela Bakalde ba le thibeletseng o tla dula a phela mme o tla fumana bophelo ba hae e le moputso.”’*+
10 Etswe ke ikemiseditse ho tlisetsa motse ona* tlokotsi ho ena le dintho tse molemo.+ O tla wela matsohong a morena wa Babilona+ mme o tla o tjhesa ka mollo,” ke Jehova ya tjhong.+
11 “Lona ba ntlo ya morena wa Juda, mamelang lentswe la Jehova. 12 Lona ba ntlo ya Davida, Jehova o re:
‘Ahlolang ka toka hoseng ho hong le ho hong,
Le pholose motho ya utswetswang letsohong la molotsana+
E le hore kgalefo ya ka e se ke ya tuka jwalo ka mollo+
Yaba e tuka hoo ho se nang motho ya ka e timang
Hobane diketso tsa lona di le kgopo.+
13 Ke kgahlanong le wena, wena moahi ya dulang kgohlong,*
Wena lefika la naha e motsitsa,’ ke Jehova ya tjhong.
‘Ha e le lona ba reng: “Ke mang ya tla re futuhela?
Ke mang ya tla kena moo re dulang?”
‘Ke tla hotetsa moru wa lona ka mollo.
Mollo oo o tla tjhesa dintho tsohle tse le potolohileng.’”+
22 Jehova o re: “Theohela ntlong ya morena* wa Juda mme o fetise molaetsa ona. 2 O re: ‘Utlwa lentswe la Jehova, wena morena wa Juda ya dutseng teroneng ya Davida, wena le bahlanka ba hao le batho ba hao ba kenang ka dikeiti tsena. 3 Jehova o re: “Sebetsang ka toka le ho loka. Motho ya utswetswang le mo pholose letsohong la molotsana. Le se ke la tshwara moditjhaba hampe mme le se ke la ntsha kgutsana* kapa mohlolohadi kotsi.+ Le se ke la bolaya batho ba se nang molato sebakeng sena.+ 4 Etswe haeba le phetha lentswe lena hantle, marena a dulang teroneng ya Davida+ a tla kena ka dikeiti tsa motse ona, a palame dikariki le dipere, ona ha mmoho le bahlanka ba ona le setjhaba sa ona.”’+
5 Jehova o re: “Haeba le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna hore ntlo ena e tla swahlamana.”+
6 “Etswe Jehova o re ka ntlo ya morena wa Juda:
‘O jwalo ka Gileade ho nna,
O tshwana le tlhoro ya Lebanone.
Empa ke tla o etsa dithako,
Ha ho le o mong wa metse ya hao o tla ba le baahi.+
Ba tla rema difate tsa hao tsa kedare tse kgethehileng
Ba di akgele mollong.+
8 “‘Ditjhaba tse ngata di tla feta haufi le motse ona mme di buisane di re: “Ke hobaneng ha Jehova a entse tjee ka motse oo o moholo?”+ 9 Di tla re: “Ke hobane batho ba motse oo ba fetohetse selekane seo ba se entseng le Jehova Modimo wa bona, ba inametse medimo e meng mme ba e sebeleditse.”’+
10 Le se ke la llela ya shweleng
Hape le se ke la mo utlwela bohloko.
Ho ena le hoo, llang haholo bakeng sa motho ya haptjwang
Ka ha ha a sa tla hlola a kgutla hore a bone naha eo a hlahetseng ho yona.
11 “Etswe Jehova o re ka Shalume*+ mora wa Josiase, morena wa Juda ya busang sebakeng sa ntate wa hae Josiase+ le ya tlositsweng sebakeng sena: ‘Ha a sa tla hlola a kgutlela moo. 12 O tla shwella sebakeng seo ba mo isitseng kgolehong ho sona mme ha a sa tla hlola a bona naha ena.’+
13 Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bolotsana,
Ya hahang dikamore tsa yona tse ka hodimo empa e se ka toka,
Ya etsang hore wa habo a mo sebeletse mahala,
Ya hanang ho mo patala.+
14 Ho madimabe ya reng: ‘Ke tlo ikahela ntlo e kgolo
E nang le dikamore tse kgolo ka hodimo.
Ke tla e kenya difensetere,
Ke e kenye mapolanka a kedare mme ke e pente ka bofubedu.’
15 Na o tla tswela pele ho busa hobane feela o hlodisa ba bang ka ho sebedisa kedare?
Ntate wa hao le yena o ile a ja le ho nwa
Empa o ile a sebetsa ka toka le ka ho loka+
Yaba dintho di mo tsamaela hantle.
16 O ile a buella nyewe ya mofutsana le ya motho ya mahlomoleng
Yaba dintho di tsamaya hantle.
‘Na eo ha se yona ntho e bolelwang ke ho ntseba?’ ke Jehova ya tjhong.
17 ‘Empa o dula o nahana le ho batla mekgwa ya ho ithuisa ka bolotsana,
Ho bolaya batho ba se nang molato,
Ho etsa bobodu le ho nka thepa ya batho ka mahahapa.’
18 “Ka hona, Jehova o re ka Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda:
‘Ba ke ke ba mo llela ba re:
“Ao ngwaneso! Ao ngwaneso!”
Ba ke ke ba mo llela ba re:
“Ao monga ka! Ao morena ka!”
19 O tla patwa jwalo ka tonki,+
A hulanngwe a be a lahlwe,
A lahlelwe ka nqane ho dikeiti tsa Jerusalema.’+
20 Nyolohela* Lebanone mme o hweletse.
21 Ke buile le wena nakong eo o neng o ikutlwa o sireletsehile.
Empa wa re: ‘Nke ke ka mamela.’+
Haesale o itshwere ka tsela ena ho tloha o sa le motjha,
Etswe ha o a mamela lentswe la ka.+
Jwale o tla swaba le ho tlotloloha ka lebaka la tlokotsi e tla o hlahela.
Ya entseng sehlaha hara dikedare,+
O tla dumaela ha o otlwa ke mahlaba,
Ha o utlwa bohloko bo kang ba mosadi ya belehang.”+
24 “Jehova, Modimo ya phelang o re: ‘Ke hlapanya ka nna hore esita le haeba wena Konia*+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda, o ne o le reng e tempang e letsohong la ka le letona, ke ne ke tla o rola. 25 Ke tla nehelana ka wena ho ba batlang ho o bolaya, ho bao o ba tshabang, ho Nebukadnezare* morena wa Babilona le ho Bakalde.+ 26 Ke tla lahlela wena le mme wa hao naheng esele mme le tla shwela teng. 27 Le ke ke la hlola le kgutlela naheng eo le e labalabelang.+
28 Na Konia eo ha a tshwane le nkgo feela e nyatsehang, e pshatlehileng,
Sejana seo ho seng motho ya se batlang?
Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba dihetswe fatshe
mme ba lahletswe naheng eo ba sa e tsebeng?’+
29 Lona batho ba lefatsheng,* mamelang lentswe la Jehova.
30 Jehova o re:
‘Ngolang monna enwa a se na bana
E le monna ya ke keng a atleha bophelong,*
Etswe ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha
Ho dula teroneng ya Davida mme a buse Juda hape.’”+
23 Jehova o re: “Ho madimabe badisa ba bolayang le ba qhalakanyang dinku tsa lekgulo la ka.”+
2 Ka hona, Jehova Modimo wa Iseraele o re ho badisa ba disang setjhaba sa hae: “Le hasantse dinku tsa ka, la nna la di qhalakanya. Ha le a ka la di hlokomela.+
Ka hoo, nke ke ka le hauhela hobane mesebetsi ya lona e kgopo,” ke Jehova ya tjhong.
3 “Ke tla bokella dinku tsa ka tse setseng dinaheng tsohle tseo ke di leleketseng ho tsona.+ Ke tla di kgutlisetsa lekgulong la tsona+ mme di tla ata di ngatafale.+ 4 Ke tla di batlela badisa ba sebele.+ Ha di sa tla hlola di tshoha kapa di tshaba mme ho ke ke ha eba le e lahlehang,” ke Jehova ya tjhong.
5 Jehova o re: “Ho na le mohla ke tla hlahisetsa Davida mojalefa* ya lokileng.+ E tla ba morena+ mme a sebetse ka bohlale, a phethise toka le ho loka lefatsheng.*+ 6 Mehleng ya hae, Juda e tla bolokwa+ le Iseraele e tla dula e sireletsehile.+ O tla bitswa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’”+
7 Jehova o re: “Le ha ho le jwalo, matsatsi a a tla, ao ka ona ba ke keng ba hlola ba re: ‘Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng batho ba Iseraele naheng ya Egepeta’+ 8 empa ba tla re: ‘Re ikana ka Jehova ya phelang, ya ntshitseng le ya kgutlisitseng ditloholo tsa Baiseraele naheng e ka leboya le dinaheng tsohle tseo a di qhalakanyeditseng ho tsona’ mme di tla dula naheng ya tsona.”+
9 Molaetsa o yang ho baprofeta:
Pelo ya ka e bohloko.
mmele wa ka* o a thothomela.
Ke jwalo ka motho ya tahilweng,
Ya hlotsweng ke veine
Ka lebaka la Jehova le ka lebaka la mantswe a hae a halalelang.
10 Etswe naha e tletse batho ba febang.*+
Diketso tsa bona di mpe ebile ba sebedisa matla a bona hampe.
11 “Moprofeta le moprista ba silafetse.*+
Le ka tlung ya ka ke fumane ba etsa bolotsana,”+ ke Jehova ya tjhong.
Etswe ke tla ba tlisetsa tlokotsi
Ka selemo sa hore ba fuwe kotlo,” ke Jehova ya tjhong.
13 “Ke bone ntho eo ke e nyatsang ho baprofeta ba Samaria.+
Ba profeta ka lebitso la Baale.
Ba kgelosa setjhaba sa ka sa Iseraele.
14 Ke bone dintho tse mpe hara baprofeta ba Jerusalema.
Ho nna kaofela ha bona ba jwalo ka Sodoma.+
Baahi ba moo ba jwalo ka Gomora.”+
15 Ka hona, Jehova wa mabotho o re ka baprofeta:
“Ke ba jesa lengana,
Ke ba nwesa le metsi a tjhefo.+
Etswe baprofeta ba Jerusalema ba entse hore batho ba mphetohele naheng yohle.”
16 Jehova wa mabotho o re:
“Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba le profetelang.+
Ba a le thetsa.*
17 Ba dula ba re ho ba ntellang:
‘Jehova o itse: “Le tla ba le kgotso.”’+
Ba re ho bohle bao ka manganga ba latelang dipelo tsa bona:
‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+
18 Etswe ke mang ya hara metswalle ya Jehova
E le hore a utlwe le ho utlwisisa lentswe la hae?
Ke mang ya utlwileng lentswe la hae mme a le mamela?
19 Jehova o tla halefa jwalo ka sefefo se matla
Jwalo ka setsokotsane, o tla tsukutla batho ba kgopo.+
20 Jehova o tla dula a halefile
Ho fihlela a entse dintho tseo a di rerileng a bile a di phethile.
Le tla utlwisisa taba ena hantle mehleng ya ho qetela.
21 Ha ke a ka ka roma baprofeta empa ba mathile.
Ha ke a ka ka bua le bona empa ba profetile.+
22 Hoja ba ne ba le hara metswalle ya ka,
Ba ka be ba entse hore batho ba ka ba mamele mantswe a ka.
Ba ka be ba entse hore ba furalle mekgwa le mesebetsi ya bona e mebe.”+
23 Jehova o re: “Na nna ke Modimo ya bonang dintho tse etsahalang haufi feela a sa bone dintho tse etsahalang hole?”
24 “Na ho na le motho ya ka ipatang moo ke sa mo boneng?”+ ke Jehova ya tjhong.
“Na ho na le ntho le ha e le efe eo nke keng ka e bona lehodimong kapa lefatsheng?”+ ke Jehova ya tjhong.
25 “Ke utlwile baprofeta ba profetang leshano ka lebitso la ka ba re: ‘Ke lorile! Ke lorile!’+ 26 Baprofeta baa ba tla profeta mashano ho fihlela neng? Ba bua mashano ho tswa botebong ba pelo.+ 27 Ba batla ho etsa hore batho ba ka ba lebale lebitso la ka ka ditoro tseo ba ntseng ba di phetelana feela jwalo ka ha bontate ba bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka lebaka la Baale.+ 28 Moprofeta ya lorileng a ke a phete toro empa ya fuweng lentswe la ka a le bolele ka nnete.
Na koro* e ka bapiswa le lehlaka?” ke Jehova ya tjhong.
29 Jehova o re: “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?+ Na ha le tshwane le hamore e thuhakanyang lefika?”+
30 Jehova o re: “Ke tla otla baprofeta ba utswang mantswe a ka ho baprofeta ba bang ebe ba a sotha.”+
31 Jehova o boetse o re: “Ke tla otla baprofeta ba ipuelang mantswe a bona ebe ba re: ‘Modimo o re!’”+
32 Hape Jehova o re: “Ke tla otla baprofeta ba phetang ditoro tsa bohata ebe ba kgelosa batho ba ka ka ho ithorisa ka ditoro tsa bona tsa mashano,+
Ha ke a ba roma kapa hona ho ba laela. Ka hoo, ba ke ke ba thusa batho bana ho hang,”+ ke Jehova ya tjhong.
33 “Ha batho bana kapa moprofeta kapa moprista a re: ‘Molaetsa wa Jehova ke morwalo,’ o re ho bona: ‘“Ke lona morwalo mme ke tla le lahla,”+ ke Jehova ya tjhong.’ 34 Ha e le motho kapa moprofeta kapa moprista ya reng: ‘Molaetsa wa Jehova ke morwalo,’ ke tla otla motho eo le ba ntlo ya hae. 35 E mong le e mong o ntse a re ho wa habo le ho ngwanabo: ‘Jehova o arabile ka ho reng? Jehova o itseng?’ 36 Empa le kgaotse hore molaetsa wa Jehova ke morwalo. Ke morwalo ho lona hobane le sothile mantswe a Modimo ya phelang, Jehova wa mabotho, Modimo wa rona mme le a hlalositse ka mokgwa oo le ratang.
37 O re ho moprofeta eo: ‘Jehova o o file karabo efe? Jehova o itseng? 38 Haeba le ntse le re molaetsa wa Jehova ke morwalo, Jehova o re: “Ka ha le ntse le re lentswe la Jehova ke morwalo empa ke itse ho lona le se ke la re lentswe la Jehova ke morwalo, 39 ke tla le nka ke le lahlele hole le nna, lona ha mmoho le motse oo ke o nehileng lona le baholoholo ba lona. 40 Ke tla le tlotlolla ke be ke le bakele sekgobo se ke keng sa lebalwa.”’”+
24 Yaba Jehova o mpontsha dibaskete tse pedi tsa difeie* tse behilweng ka pela tempele ya Jehova. O ile a mpontsha tsona ka mora hore Nebukadnezare* morena wa Babilona a hape Jekonia*+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda ha mmoho le dikgosana tsa Juda, ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le batho ba sebetsang ka tshepe.* O ile a ba tlosa Jerusalema a ba isa Babilona.+ 2 Baskete e nngwe e ne e tshetse difeie tse ntle haholo tse kang difeie tse butswang pele empa baskete e nngwe e ne e tshetse difeie tse mpe haholo, di le mpe hoo di neng di ke ke tsa jewa.
3 Yaba Jehova o re ho nna: “O bonang Jeremia?” Ka re: “Ke bona difeie. Difeie tse ntle di ntle haholo empa difeie tse mpe di mpe haholo, di mpe hoo di ke keng tsa jewa.”+
4 Jehova a re ho nna: 5 “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Bajuda ba hapilweng, bao ke ba lelekileng sebakeng sena ho ya naheng ya Bakalde, ke tla ba rata jwalo ka difeie tsena tse ntle. 6 Ke tla ba beha leihlo e le hore ke ba etse hantle mme ke ba kgutlisetse naheng ena.+ Ke tla ba haha, nke ke ka ba diha. Ke tla ba hloma, nke ke ka ba fothola.+ 7 Ke tla etsa hore dipelo tsa bona di batle ho ntseba, di tsebe hore ke nna Jehova.+ E tla ba batho ba ka mme ke tla ba Modimo wa bona+ etswe ba tla kgutlela ho nna ka dipelo tsohle tsa bona.+
8 Empa ha e le Tsedekia+ morena wa Juda, dikgosana tsa hae, batho ba Jerusalema ba setseng naheng ena le ba dulang naheng ya Egepeta,+ ho nna ba tla ba jwalo ka difeie tse mpe hoo di ke keng tsa jewa,’+ ke Jehova ya tjhong. 9 ‘Ke tla ba tlisetsa tlokotsi e mpe hoo mebuso yohle ya lefatshe e tla tshoha ha e bona ntho e ba hlahetseng.+ Batho ba tla ba nyefola, ba bue ka bona e le mehlala ya batho ba rohakilweng,+ ba ba some le ho ba rohaka dibakeng tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona.+ 10 Ke tla ba bolaya ka sabole,+ tlala le lefu la sewa+ ho fihlela ba timela naheng eo ke e fileng bona le baholoholo ba bona.’”
25 Selemong sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadnezare* morena wa Babilona, Modimo o ile a bua le Jeremia ka setjhaba sohle sa Juda. 2 Moprofeta Jeremia o ile a re ka* setjhaba sohle sa Juda le ka baahi bohle ba Jerusalema:
3 “Ho tloha selemong sa bo13 sa puso ya Josiase+ mora wa Amone, morena wa Juda, ho fihlela hona jwale, ka dilemo tsena tse 23, Jehova o ile a bua le nna. Yaba nna ke bua le lona ka makgetlokgetlo* empa le ne le sa mamele.+ 4 Jehova o ile a roma bahlanka bohle ba hae ba baprofeta ho lona. O ile a ba roma ka makgetlokgetlo* empa ha le a ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le utlwe.+ 5 Ba ne ba re: ‘Ka kopo e mong le e mong wa lona a ke a tlohele mekgwa ya hae e mebe le mesebetsi ya hae e mebe.+ Haeba le etsa jwalo, le tla tswela pele ho dula halelele naheng eo Jehova a e fileng lona le baholoholo ba lona ho tloha kgale. 6 Le se ke la latela medimo e meng. Le se ke la e sebeletsa le ho e inamela yaba le mo sitelwa ka mosebetsi wa matsoho a lona. Ho seng jwalo o tla le bakela tlokotsi.
7 Empa ha le a ka la mmamela,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Ho ena le hoo, le ile la ntshitelwa ka mosebetsi wa matsoho a lona yaba le ipakela mathata.’+
8 Ka hoo, Jehova wa mabotho o re: ‘Ka ha ha le a ka la mamela mantswe a ka, 9 ke bitsa batho ba ditjhaba tsohle tsa leboya,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke bitsa Nebukadnezare* morena wa Babilona, mohlanka wa ka.+ Ke tla ba tlisa hore ba futuhele naha ena,+ baahi ba yona le ditjhaba tsena tsohle tse e potolohileng.+ Ke tla le fedisa mmoho le ditjhaba tsena, ke le etse ntho e tshosang le ntho e letsetswang molodi, ke etse hore le senyehele ruri. 10 Ke tla fedisa thabo le nyakallo hara lona,+ ke fedise lentswe la monyadi le la monyaduwa,+ modumo wa lelwala le kganya ya lebone. 11 Naha ena yohle e tla fediswa, e fetohe ntho e tshosang mme ditjhaba tsena di tla lokela ho sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse 70.+
12 Empa ha dilemo tse 70 di fetile,+ ke tla otla morena wa Babilona le setjhaba seo* ka lebaka la phoso ya bona+ mme ke tla etsa hore naha ya Bakalde e se ke ya hlola e eba le baahi ka ho sa feleng,’ ke Jehova ya tjhong.+ 13 ‘Ke tla phethahatsa dintho tsohle tseo ke boletseng hore ke tla di etsa naha eo, dintho tsohle tse ngotsweng bukeng ena tseo Jeremia a di profetileng ka ditjhaba tsohle. 14 Etswe ditjhaba tse ngata le marena a maholo+ a tla etsa Bakalde makgoba+ mme ke tla ba ahlola ho latela diketso tsa bona le mesebetsi ya matsoho a bona.’”+
15 Jehova Modimo wa Iseraele o itse ho nna: “Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo letsohong la ka mme o nwese ditjhaba tsohle tseo ke o romang ho tsona. 16 Di tla nwa, di thekesele, di itshware jwalo ka mahlanya hobane ke etsa hore ntwa e qhome hara tsona.”+
17 Ka hoo, ka nka senwelo letsohong la Jehova mme ka nwesa ditjhaba tsohle tseo Jehova a nthometseng ho tsona.+ 18 Ka qala ka Jerusalema le metse ya Juda,+ marena a yona le dikgosana tsa yona e le hore di fediswe, di fetohe ntho e tshosang, e letsetswang molodi le e rohakilweng+ feela jwalo ka ha ho tla etsahala kajeno. 19 Yaba ke leba ho Faro morena wa Egepeta le bahlanka ba hae, dikgosana tsa hae, batho bohle ba hae+ 20 le baditjhaba bohle ba neng ba dula hara bona, marena ohle a naha ya Utse, a naha ya Bafilista,+ Ashkelone,+ Gaza, Ekrone le batho ba Ashdode ba setseng, 21 Edomo,+ Moabe+ le Baamone,+ 22 marena ohle a Tire, a Sidone+ le a sehlekehleke se lewatleng, 23 Dedane,+ Tema, Buze le bohle ba kutileng ditedu tse ka hodima mehlahare,*+ 24 marena ohle a Maarabia+ le a ditjhaba tse fapaneng tse dulang lefeelleng, 25 marena ohle a Zimri, a Elame+ le a Bamede,+ 26 marena ohle a leboya, a hole le a haufi, kaofela ha ona ka ho latellana le mebuso yohle e meng ya lefatshe. Morena wa Sheshake*+ o tla nwa ka mora ona.
27 “O tle o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Nwang, tahwang, hlatsang le we hoo le ke keng la tsoha+ hobane ke romela dira tsa lona hore di le hlasele.”’ 28 Ha ba hana ho nka senwelo letsohong la hao hore ba nwe, o re ho bona: ‘Jehova wa mabotho o re: “Ho nwa le tla nwa. 29 Haeba ke qala ka ho tlisa tlokotsi motseng ona o bitswang ka lebitso la ka,+ na lona nka le tlohela?”’+
Jehova wa mabotho o re: ‘Le ke ke la tlohelwa feela etswe ke tla tlisa sabole e tla bolaya batho bohle ba lefatshe.’
30 O ba profetele mantswe ana ohle mme o re ho bona:
‘Jehova o tla rora jwalo ka tau a le hodimo,
O tla phahamisa lentswe la hae a le sebakeng sa hae se halalelang sa bodulo.
O tla puruma, a purumela sebaka sa hae sa bodulo.
O tla hweletsa jwalo ka ba hatakelang morara ho etsa veine,
A binele hodimo ka mora ho hlola batho bohle ba lefatshe.’
31 ‘Lerata le tla utlwahala ho ya fihla dikarolong tse holehole tsa lefatshe
Hobane Jehova o qosa ditjhaba.
O tla ahlola batho bohle ka boyena.+
O tla nehelana ka ba kgopo hore ba bolawe ka sabole,’ ke Jehova ya tjhong.
32 Jehova wa mabotho o re:
33 Letsatsing leo, ba bolailweng ke Jehova ba tla fumanwa hohle, ho tloha pheletsong e nngwe ya lefatshe ho ya ho e nngwe. Ba ke ke ba llelwa, ba phuthwa kapa ba patwa. Ba tla ba jwalo ka moitedi hodima lefatshe.’
34 Lona badisa llang, le bokolle.
Ipitikeng fatshe, lona dinku tsa bohlokwa hara mohlape.
Nako ya hore le hlajwe le nako ya hore le hasanngwe e fihlile,
Le tla wa jwalo ka sejana sa bohlokwa.
35 Badisa ha ba na moo ba ka balehelang teng,
Ha ho na moo dinku tsa bohlokwa mohlapeng di tswang le teng.
36 Utlwang! Badisa ba a lla
Le dinku tsa bohlokwa mohlapeng di a bokolla
Ka ha Jehova o senya lekgulo la bona.
37 Metse e nang le kgotso ha e sa na bophelo
Hobane Jehova o halefile haholo.
38 O tlohile moo a dulang teng jwalo ka ha tau e kotsi e tloha moo e dulang.+
Ka hoo, batho bohle ba tla makalla naha
Hobane o sebedisitse sabole e bohale e bolayang batho ba bangata
Le hobane a halefile haholo.”
26 Ha Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda a qala ho busa, Jehova o ile a re ho Jeremia: 2 “nna Jehova ke re: ‘Ema lebaleng la ntlo ya Jehova mme o bue le* batho bohle ba metse ya Juda ba tlang ka tlung ya Jehova ho tla rapela.* O ba bolelle ntho e nngwe le e nngwe eo ke o laelang hore o ba bolelle yona. O se ke wa siya letho. 3 Mohlomong ba tla mamela ebe e mong le e mong o tlohela mekgwa ya hae e mebe mme ke tla fetola maikutlo a ka* ka tlokotsi eo ke rerileng ho ba tlisetsa yona ka lebaka la mesebetsi ya bona e mebe.+ 4 O re ho bona: “Jehova o re: ‘Haeba le sa mmamele ka hore le latele molao* wa ka oo ke le fileng wona 5 le bile le sa mamele mantswe a bahlanka ba ka e leng baprofeta bao ke ba rometseng ho lona ka makgetlokgetlo,*+ 6 ke tla etsa hore ntlo ena e be jwalo ka Shilo,+ ke fedise motse ona mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla etsa mohlala ka wona ha di bua ka metse e rohakilweng.’”’”+
7 Yaba baprista, baprofeta le batho bohle ba utlwa Jeremia a ntse a bua mantswe ana ka tlung ya Jehova.+ 8 Ha Jeremia a qetile ho bua dintho tsohle tseo Jehova a neng a mo laetse hore a di bolelle batho, jwale baprista, baprofeta le batho bohle ba mo tshwara yaba ba re: “O tlo shwa. 9 Ke hobaneng ha o profetile ka lebitso la Jehova, wa re ntlo ee e tla ba jwalo ka Shilo mme motse oo o tla ripitlwa o sale o se na baahi?” Batho bohle ba bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.
10 Ha dikgosana tsa Juda di utlwa mantswe ana, tsa tloha ka tlung ya morena* tsa ya ka tlung ya Jehova yaba di dula keiting e ntjha ya ntlo ya Jehova.+ 11 Baprista le baprofeta ba re ho dikgosana le ho batho kaofela: “Monna enwa o lokela ho ahlolelwa lefu+ hobane o profetile hampe ka motse ona feela jwalo ka ha le ikutlwetse ka ditsebe tsa lona.”+
12 Yaba Jeremia o re ho dikgosana le ho batho bohle: “Ke Jehova ya nthometseng hore ke bolele molaetsa wa kahlolo oo le o utlwileng mabapi le ntlo ena le motse ona.+ 13 Lokisang ditsela tsa lona le mesebetsi ya lona, le mamele lentswe la Jehova Modimo wa lona mme Jehova o tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo a itseng o tla le tlisetsa yona.+ 14 Empa ha e le nna, ke matsohong a lona. Le nketse eng kapa eng eo le bonang e nepahetse ho ya ka lona. 15 Feela le tsebe hore haeba le mpolaya, lona, motse ona ha mmoho le baahi ba wona, le tla ba molato hobane le bolaile motho ya se nang molato. Etswe ka nnete Jehova o nthometse ho lona hore ke bue mantswe ana ohle moo le ntseng le utlwa.”
16 Dikgosana le batho bohle ba re ho baprista le baprofeta: “Monna enwa ha a lokela ho ahlolelwa lefu hobane o buile le rona lebitsong la* Jehova Modimo wa rona.”
17 Ho feta moo, ba bang ba banna ba baholo ba naha eo ba ema yaba ba re ho setjhaba sohle se phuthehileng moo: 18 “Mehleng ya Ezekiase+ morena wa Juda, Mikea+ wa Moreshethe o ne a profeta mme a re ho batho bohle ba Juda: ‘Jehova wa mabotho o re:
“Sione e tla lengwa jwalo ka tshimo,
Jerusalema e tla fetoha qubu ya majwe+
Mme thaba ya tempele* e tla tshwana le leralla le nang le difate.”’*+
19 Na Morena Ezekiase wa Juda le Bajuda kaofela ba ile ba mo bolaya? Na morena ha a a ka a tshaba Jehova mme a kopa mohau ho Jehova yaba Jehova o fetola maikutlo* ka tlokotsi eo a neng a itse o tla ba tlisetsa yona?+ Le rona re mothating wa ho ipakela tlokotsi e kgolo.
20 Hape ho ne ho ena le monna e mong e leng Uria mora wa Shemaia wa Kiriathe-jearime,+ ya neng a profeta ka lebitso la Jehova. O ile a profeta ka motse ona le naha ena ka mantswe a tshwanang le a Jeremia. 21 Morena Jojakime,+ banna bohle ba hae ba matla le dikgosana tsohle tsa utlwa mantswe a hae yaba morena o batla ho mo bolaya.+ Ha Uria a utlwela ka taba ena, hanghang a tshoha yaba o balehela Egepeta. 22 Morena Jojakime o ile a roma Elnathane+ mora wa Akbore le banna ba bang Egepeta. 23 Ba lata Uria Egepeta, ba mo tlisa ho Morena Jojakime ya ileng a mo bolaya ka sabole+ mme a lahlela setopo sa hae mabitleng a bafutsana.”
24 Akikame+ mora wa Shafane+ o ile a sireletsa Jeremia, ke ka hoo Jeremia a sa kang a nehellwa setjhaba hore se mo bolaye.+
27 Qalong ya puso ya Jojakime* mora wa Josiase, morena wa Juda, Jehova o ile a bua le Jeremia. 2 Yaba Jeremia o re: “Jehova o itse ho nna: ‘Iketsetse diropo le dijoko mme o di behe molaleng. 3 O di romele ho morena wa Edomo,+ morena wa Moabe,+ morena wa bara ba Amone,+ morena wa Tire+ le morena wa Sidone+ ka baromuwa ba tlileng Jerusalema ho Morena Tsedekia wa Juda. 4 O fe marena ao taelo e yang ho beng ba ona e reng:
“Ona ke molaetsa o tswang ho Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele oo le lokelang ho o bolella beng ba lona: 5 ‘Ke nna ya entseng lefatshe, batho le diphoofolo tse lefatsheng ka matla a ka le ka letsoho la ka le matla.* Ke di file mang kapa mang eo ke mo ratang.*+ 6 Ke file mohlanka wa ka Nebukadnezare+ morena wa Babilona dinaha tsena tsohle. Le dibata tsa naha ke di behile taolong ya hae. 7 Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse mora wa hae le setloholo sa hae ho fihlela ha nako ya naha ya hae e fihla,+ nako eo ka yona ditjhaba tse ngata le marena a maholo a tla mo etsa lekgoba.+
8 Haeba mmuso kapa setjhaba sefe kapa sefe se ka hana ho sebeletsa Nebukadnezare morena wa Babilona le ho beha molala wa sona tlasa joko ya morena wa Babilona, ke tla otla setjhaba seo ka sabole,+ tlala le lefu la sewa ho fihlela ke se timeditse ka letsoho la hae,’ ke Jehova ya tjhong.
9 ‘Ka hoo, le se ke la mamela baprofeta ba lona, dinohe, ba sebetsang ka ditoro, maselamose le baloi ba reng ho lona: “Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona.” 10 Etswe ba le profetela leshano. Haeba le ka ba mamela, le tla iswa hole le naha ya lona, ke tla le qhalakanya mme le tla timela.
11 ‘Empa setjhaba se behang molala wa sona tlasa joko ya morena wa Babilona ebe se a mo sebeletsa, ke tla se dumella ho sala* naheng ya sona hore se e leme mme se dule ho yona,’ ke Jehova ya tjhong.”’”
12 Ke ile ka bua ka tsela e tshwanang le ho Tsedekia+ morena wa Juda ka re: “Behang melala ya lona tlasa joko ya morena wa Babilona, le mo sebeletse, le sebeletse le batho ba hae mme le tla dula le phela.+ 13 Ho seng jwalo, wena le batho ba hao le tla hlahelwa ke dintho tseo Jehova a itseng di tla hlahela setjhaba se ke keng sa sebeletsa morena wa Babilona yaba le bolawa ka sabole,+ tlala+ le ka lefu la sewa.+ 14 Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa morena wa Babilona’+ hobane ba le profetela mashano.+
15 Ha ke a ba roma empa ba profeta mashano ka lebitso la ka. Ha le ka ba mamela, ke tla le qhalakanya mme le tla shwa, lona le baprofeta ba le profetelang,” ke Jehova ya tjhong.+
16 Ke itse ho baprista le setjhaba sena sohle: “Jehova o re: ‘Le se ke la mamela mantswe a baprofeta ba lona ba le profetelang ba re: “Disebediswa tsa ntlo ya Jehova di tla kgutla Babilona haufinyane”+ hobane ba le profetela mashano.+ 17 Le se ke la ba mamela. Sebeletsang morena wa Babilona mme le tla dula le phela.+ Ho seng jwalo, motse ona o tla ripitlwa. 18 Empa haeba ke baprofeta mme ehlile Jehova o bua le bona, e reng ba kope Jehova wa mabotho hore disebediswa tse setseng ka tlung ya Jehova, ka tlung ya morena* wa Juda le tse setseng Jerusalema di se ke tsa iswa Babilona.’
19 Jehova wa mabotho o re ka dipilara,+ Tanka,*+ dikariki+ le disebediswa tse setseng motseng ona, 20 tseo Nebukadnezare morena wa Babilona a sa kang a di nka ha a hapa Jekonia mora wa Jojakime, morena wa Juda, ho tloha Jerusalema ho ya Babilona ha mmoho le bahlomphehi bohle ba Juda le Jerusalema,+ 21 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re ka disebediswa tse setseng ka tlung ya Jehova, ka tlung* ya morena wa Juda le tse setseng Jerusalema: 22 ‘Di tla iswa Babilona+ mme di tla sala moo ho fihlela ke di lata,’ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla di lata, ke di kgutlisetse mona.’”+
28 Selemong sona seo, qalong ya puso ya Morena Tsedekia+ wa Juda, ka selemo sa bone kgweding ya bohlano, moprofeta Hanania mora wa Azure, ya tswang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ya Jehova ka pela baprista le setjhaba sohle: 2 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ya morena wa Babilona.+ 3 Pele dilemo tse pedi di fela, ke tla kgutlisetsa disebediswa tsohle tsa ntlo ya Jehova mona, disebediswa tseo Morena Nebukadnezare wa Babilona a di nkileng mona a di isa Babilona.+ 4 Ke tla lata Jekonia+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda le Bajuda bohle ba hapuweng ba ileng Babilona,+ ke ba kgutlisetse mona hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona,’ ke Jehova ya tjhong.”
5 Yaba moprofeta Jeremia o bua le moprofeta Hanania ka pela baprista le setjhaba sohle se neng se eme ka tlung ya Jehova. 6 Moprofeta Jeremia a re: “Amen!* E se eka Jehova a ka etsa jwalo! E se eka Jehova a ka phethahatsa mantswe a hao ao o a profetileng ka hore a late disebediswa tsa ntlo ya Jehova Babilona. A late le batho bohle ba hapuweng ba isitsweng moo a ba kgutlisetse mona. 7 Le ha ho le jwalo, ka kopo, utlwa molaetsa ona oo ke o fetisang moo o ntseng o utlwa le moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. 8 Mehleng ya kgale, baprofeta ba tlileng pele ho nna le wena ba ne ba tlwaetse ho profeta ka dinaha tse ngata le mebuso e meholo, ba profeta ntwa, tlokotsi le lefu la sewa. 9 Haeba moprofeta a profeta kgotso mme lentswe la hae le phethahala, ho tla tsebahala hore o fela a rometswe ke Jehova.”
10 Yaba moprofeta Hanania o tlosa joko molaleng wa Jeremia mme o a e roba.+ 11 Moprofeta Hanania a re ka pela setjhaba sohle: “Jehova o re: ‘Joko eo Nebukadnezare morena wa Babilona a e behileng molaleng wa ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka tsela ena, pele dilemo tse pedi di fela.’”+ Yaba moprofeta Jeremia o a itsamaela.
12 Ka mora hore moprofeta Hanania a robe joko molaleng wa moprofeta Jeremia, Jehova a fa Jeremia molaetsa ona o reng: 13 “E ya, o re ho Hanania: ‘Jehova o re: “O robile dijoko tsa lepolanka+ empa sebakeng sa tsona o tla etsa dijoko tsa tshepe.” 14 Etswe Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke tla beha joko ya tshepe melaleng ya ditjhaba tsena tsohle hore di sebeletse Morena Nebukadnezare wa Babilona mme di tla mo sebeletsa.+ Ke tla mo fa esita le dibata tsa naha.”’”+
15 Moprofeta Jeremia a re ho moprofeta Hanania:+ “Ke kopa o mamele wena Hanania! Jehova ha a o roma empa o entse hore setjhaba sena se dumele leshano.+ 16 Ka hona, Jehova o re: ‘Bona, ke tla o fedisa lefatsheng. O tla shwa selemong sena hobane o kgothaleditse batho hore ba fetohele Jehova.’”+
17 Ka hoo, moprofeta Hanania a shwa selemong seo, ka kgwedi ya bosupa.
29 Ana ke mantswe a hlahang lengolong leo moprofeta Jeremia a ileng a le romela a le Jerusalema. O ile a le romela banna ba baholo ba hara batho ba hapuweng, baprista, baprofeta le batho bohle bao Nebukadnezare a neng a ba hapile a ba tlositse Jerusalema ho ba isa Babilona. 2 Ka nako eo, Morena Jekonia,+ mme wa morena,*+ balaodi ba lekgotla, dikgosana tsa Juda le Jerusalema, ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho le batho ba sebetsang ka tshepe* ba ne ba se ba tswile Jerusalema.+ 3 A le neheletsa Elasa mora wa Shafane+ le Gemaria mora wa Hilkia bao Morena Tsedekia+ wa Juda a neng a ba romme Babilona ho Morena Nebukadnezare wa Babilona. Lengolo leo le ne le re:
4 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re ho batho bohle ba hapuweng bao a entseng hore ba hapuwe Jerusalema ba iswe Babilona: 5 ‘Hahang matlo le dule ho ona. Lemang dirapa le je ditholwana tsa tsona. 6 Nyalang basadi mme le be le bara le baradi. Le batlele bara ba lona basadi le be le nyadise baradi ba lona e le hore le bona ba tle ba be le bara le baradi. Ngatafalang moo, le se ke la fokotseha. 7 Hape le leke ho phela ka kgotso motseng oo ke le isitseng ho wona ha le haptjwa mme le o rapelle ho Jehova, etswe ha o na le kgotso le tla ba le kgotso.+ 8 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Le se ke la dumela ho thetswa ke dinohe le baprofeta ba hara lona+ hape le se ke la mamela ditoro tseo ba di lorang. 9 Jehova o re: ‘Ba le profetela mashano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma.’”+
10 Jehova o re: ‘Ha ho se ho fetile dilemo tse 70 le le Babilona, ke tla le hopola+ mme ke tla phetha tshepiso ya ka, ke le kgutlisetse hae.’+
11 Jehova o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsang. Ke tla le tlisetsa kgotso eseng tlokotsi,+ e le hore le be le tshepo le bokamoso bo tjhabileng.+ 12 Le tla mpitsa le nthapele mme ke tla le mamela.’+
13 ‘Le tla mpatla le mphumane+ hobane le tla mpatla ka dipelo tsohle tsa lona.+ 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla bokella batho ba lona ba hapuweng mme ke le bokelle ho tswa ditjhabeng tsohle le dibakeng tsohle tseo ke le hasantseng ho tsona,’+ ke Jehova ya tjhong. ‘Ke tla le lata sebakeng seo ke le isitseng ho sona ha le ne le haptjwa.’+
15 Empa le itse: ‘Jehova o re hlahiseditse baprofeta Babilona.’
16 Jehova o re ka morena ya dutseng teroneng ya Davida+ le ka batho bohle ba dulang Jerusalema e leng bana ba bo lona ba sa haptjwang mmoho le lona: 17 ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke ba otla ka sabole, tlala le lefu la sewa,+ ke tla etsa hore ba tshwane le difeie* tse bodileng* tse mpe hoo di ke keng tsa jewa.”’+
18 ‘Ke tla ba lelekisa ka sabole,+ tlala le lefu la sewa, ke ba etse ntho e tshosang ka pela mebuso yohle ya lefatshe,+ ntho e rohakilweng, e makallwang, e letsetswang molodi+ le e nyefolwang hara ditjhaba tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona+ 19 hobane ha ba a mamela molaetsa wa ka oo ke ba rometseng wona ka bahlanka ba ka ba baprofeta, bao ke ba rommeng ka makgetlokgetlo,’*+ ke Jehova ya tjhong.
‘Empa le lona ha le a mamela,’+ ke Jehova ya tjhong.
20 Mamelang lentswe la Jehova, lona bohle ba hapuweng bao ke ba tlositseng Jerusalema ka ba isa Babilona. 21 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re ka Akabe mora wa Kolaia le Tsedekia mora wa Maseia, ba le profetelang mashano ka lebitso la ka:+ ‘Ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* wa Babilona mme o tla ba bolaya ka pela mahlo a lona. 22 Ntho e tla ba etsahalla e tla fetoha tlhapa e buuwang ke Bajuda bohle ba hapuweng ba leng Babilona e reng: “E se eka Jehova a ka etsa hore o tshwane le Tsedekia le Akabe, bao morena wa Babilona a ba besitseng mollong!” 23 Ba entse dintho tse swabisang Iseraele,+ ba feba le basadi ba baahisani ba bona le ho bua mashano ka lebitso la ka, mashano ao ke sa kang ka ba laela hore ba a bue.+
“Ke nna ya tsebang ebile ke paki,”+ ke Jehova ya tjhong.’”
24 “Hape o tle o re ho Shemaia+ wa Nehelame: 25 ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Ka hobane o rometse mangolo ka lebitso la hao ho batho bohle ba Jerusalema, ho Sofonia+ mora wa moprista Maseia le ho baprista bohle, a reng: 26 ‘Sofonia, Jehova o o entse moprista ho ena le ho etsa Jehojada moprista e le hore o hlokomele ntlo ya Jehova, o tshware monna le ha e le ofe ya hlanyang ya iketsang moprofeta le hore o mo kenye ditlamong tsa maoto le matsoho.*+ 27 Ke hobaneng ha o sa kgalemela Jeremia wa Anathothe,+ ya iketsang moprofeta wa lona?+ 28 O ile a ba a re romella molaetsa ha re ntse re le Babilona a re: “Ho tla feta nako e telele. Hahang matlo le dule ho wona. Lemang dirapa le je ditholwana tsa tsona,+ . . . ”’”’”
29 Ha moprista Sofonia+ a bala lengolo lena moo moprofeta Jeremia a ntseng a utlwa, 30 Jehova a re ho Jeremia: 31 “Romela molaetsa ho batho bohle ba hapuweng o reng: ‘Jehova o re ka Shemaia wa Nehelame: “Kahobane Shemaia o le profetetse le hoja ke sa mo roma mme o lekile ho etsa hore le dumele mashano,+ 32 Jehova o re: ‘Ke tla otla Shemaia wa Nehelame le bana ba hae. Ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla pholoha hara setjhaba sena mme a ke ke a bona molemo oo ke tla o etsetsa setjhaba sa ka ka ha o kgothaleditse batho ho fetohela Jehova,’ ke Jehova ya tjhong.”’”
30 Jehova a re ho Jeremia: 2 “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Ngola mantswe ohle ao ke o bolellang ona bukeng. 3 “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla lata batho ba ka ba hapuweng e leng Iseraele le Juda,”+ ke Jehova ya tjhong. “Ke tla ba kgutlisetsa naheng eo ke e fileng baholoholo ba bona mme e be ya bona hape,”’ ke Jehova ya tjhong.”+
4 Ana ke mantswe ao Jehova a a boleletseng Iseraele le Juda.
5 Jehova o re:
“Le utlwile seboko sa batho ba tshohileng.
Ke tshabo feela, ha ho na kgotso.
6 Ke kopa le botse, na ho na le monna ya ka belehang?
Jwale ke hobaneng ha ke bona monna e mong le e mong ya matla a itshwere mpeng*
Jwalo ka mosadi ya belehang?+
Ke hobaneng ha difahleho tsohle di pudufetse?
7 Jowe! Letsatsi leo e tla ba le tshosang.*+
Ha ho le kileng la tshwana le lona.
E tla ba nako ya mahlomola bakeng sa Jakobo
Empa ke tla mo pholosa.”
8 Jehova wa mabotho o re: “Letsatsing leo, ke tla roba joko e melaleng ya bona, ke kgaole diropo tse ba tlammeng dikoto tse pedi mme baditjhaba* ha ba sa tla hlola ba ba* etsa makgoba a bona. 9 Ba tla sebeletsa Jehova Modimo wa bona, ba sebeletse Davida, morena eo ke tla mo kgetha bakeng sa bona.”+
10 Jehova o re: “Wena Jakobo mohlanka wa ka, o se ke wa tshoha,
O se ke wa haroha letswalo, wena Iseraele.+
Etswe ke tla o pholosa o le hole,
Ke pholose le bana ba hao naheng eo ba isitsweng ho yona ha ba ne ba haptjwa.+
Jakobo o tla kgutla mme a phele ka kgotso le kgutso,
Ho se na motho ya tla mo tshosa.”+
11 Jehova o re: “Ke na le wena ho o pholosa
Empa ke tla fedisa ditjhaba tsohle tseo ke o hasanyeditseng ho tsona.+
Le ha ho le jwalo, wena nke ke ka o fedisa.+
12 Jehova o re:
“Ha ho na letho le ka etsang hore o kgaotse ho nyahama.+
Leqeba la hao ha le fole.
13 Ha ho na ya buellang nyewe ya hao,
Diso tsa hao ha di phekolehe.
Ha ho mohla o tla fola.
14 Dinyatsi tsa hao kaofela di o lebetse.+
Ha di sa o batla.
Ke o otlile jwalo ka ha sera se ka o otla,+
Ke o otlile jwalo ka ha motho ya sehloho a ka o otla,
Ka lebaka la diphoso tsa hao tse ngata le dibe tsa hao tse ngata.+
15 Na o na le lebaka la ho lla hobane o nyahame?
Bohloko ba hao ha bo phekolehe.
Ke o entse tjena
Ka lebaka la diphoso tsa hao tse ngata le dibe tsa hao tse ngata.+
16 Ka hona, bohle ba bolayang batho ba hao ba tla bolawa.+
Dira tsa hao kaofela di tla haptjwa.+
Ba o utswetsang ba tla utswetswa,
Bohle ba hapang thepa ya hao le bona ke tla etsa hore ba nkelwe thepa.”+
17 “Empa ke tla o phekola mme ke fodise maqeba a hao,”+ ke Jehova ya tjhong,
“Le hoja ba o bitsitse mokgelo ba re:
‘Sione, sebaka seo ho se nang motho ya se batlang.’”+
18 Jehova o re:
“Ke tla lata bana ba Jakobo ba hapuweng,+
Ke ba hauhele mme ke lokise moo ba dulang.
Motse o tla boela o hahwe moo o neng o hahilwe pele,+
Ntlo ya boreneng e tla ema moo ho loketseng.
19 Ba tla leboha, ba hweletse ba thabile.+
Ke tla sebetsana le bahatelli bohle ba hae.+
21 Morena wa hae o tla hlaha hara batho ba hae
Mme mmusi wa hae o tla hlaha hara bana ba hae.
Ke tla etsa hore a atamele mme o tla nkatamela.”
“Etswe ke mang ya nang le sebete sa* ho nkatamela ke sa re a atamele?” ke Jehova ya tjhong.
22 “Le tla ba setjhaba sa ka+ mme ke be Modimo wa lona.”+
23 Jehova o tla halefa jwalo ka sefefo se matla,+
Jwalo ka setsokotsane se tsukutlang batho ba kgopo.
24 Jehova o tla dula a tuka ke bohale
Ho fihlela a entse dintho tseo a di rerileng a bile a di phethile.+
Le tla utlwisisa taba ena mehleng ya ho qetela.+
31 Jehova o re: “Ka nako eo, ke tla ba Modimo wa malapa ohle a Iseraele mme ona e tla ba setjhaba sa ka.”+
2 Jehova o re:
“Batho ba phonyohileng sabole ba ile ba hauhelwa ke Modimo lefeelleng.
Baiseraele ba ya moo ba tla fumana phomolo.”
3 Jehova a hlaha ho nna a le hole a re:
“Ke o ratile ka lerato le sa feleng.
Ke ka lebaka la lerato lena ke ileng ka o tshepahalla le ho o hulela ho nna.+
4 Ke tla boela ke o hahe mme o tla ba setjhaba hape.+
5 O tla boela o leme dirapa tsa morara dithabeng tsa Samaria.+
Balemi ba tla lema mme ba je ditholwana.+
6 Ho tla tla letsatsi leo balebedi dithabeng tsa Efraime ba tla hweletsa ba re:
‘Emang, re nyoloheleng Sione ho Jehova Modimo wa rona.’”+
7 Etswe Jehova o re:
“Binelang Jakobo le thabile,
Hweletsang le thabile hobane le phahametse ditjhaba.+
Phatlalatsang molaetsa, le rorise Modimo le re:
‘Jehova, pholosa setjhaba sa hao, Baiseraele ba setseng.’+
8 Ke tla ba lata ho tswa naheng ya leboya.+
Ke tla ba bokella ho tswa dibakeng tse holehole tsa lefatshe.+
Hara bona ho tla ba le difofu le ba holofetseng,+
Mosadi wa moimana le ya pepang, kaofela ha bona.
Ba tla kgutlela mona e le phutheho e kgolo.+
9 Ba tla kgutla ba ntse ba lla.+
Ke tla ba etella pele ba ntse ba kopa mohau.
Ke tla ba tataisetsa melatswaneng,+
Tseleng e pharaletseng moo ba ke keng ba kgoptjwa.
Ke nna Ntate wa Iseraele, Efraime ke letsibolo la ka.”+
“Ya hasantseng Iseraele o tla mo bokella,
O tla mo disa jwalo ka ha modisa a disa mohlape wa hae.+
12 Ba* tla tla, ba hweletse ka thabo hodima thaba ya Sione,+
Ba tlale thabo ka lebaka la melemo e tswang ho Jehova,
Ka lebaka la dijo,* veine e ntjha,+ oli,
Dikonyana, dipotsanyane le manamane.+
Ke tla fetola maswabi a bona thabo e kgaphatsehang,+
Ke tla ba tshedisa, ke etse hore ba thabe ho ena le ho sarelwa.+
14 Ke tla kgotsofatsa baprista ka dijo tse ngata.*
Setjhaba sa ka se tla kgotsofatswa ke melemo e tswang ho nna,”+ ke Jehova ya tjhong.
15 “Jehova o re:
‘Lentswe le utlwahala Rama,+ seboko le sello se bohloko.
Ragele o llela bana ba hae.+
O hanne ho tshediseha
Hobane bara ba hae ha ba sa le yo.’”+
16 Jehova o re:
“‘Thola o se ke wa lla le mahlo a hao a se ke a tswa meokgo
Hobane ho na le moputso bakeng sa mosebetsi wa hao,’ ke Jehova ya tjhong.
‘Bara ba hao ba tla kgutla naheng ya sera.’+
17 ‘Tshepo e teng bakeng sa hao,’+ ke Jehova ya tjhong.
‘Bara ba hao ba tla kgutlela habo bona.’”+
18 “Ruri ke utlwile sello sa Efraime ha a re:
‘Ke ne ke le jwalo ka pohwana e sa kwetliswang,
O nkgalemetse, ka kgalemeleha.
Nkgutlisetse tseleng mme hanghang ke tla kgutla
Ka ha o Jehova Modimo wa ka.
19 Ke ile ka ikwahlaya yaba ke a kgutla,+
Ka mora hore o etse hore ke utlwisise, ke ile ka utlwa bohloko haholo.*
Ke ile ka hlajwa ke dihlong, ka swaba+
Ka lebaka la dintho tseo ke di entseng ha ke sa le motjha.’”
20 Jehova o re: “Na Efraime ha se mora wa ka wa bohlokwa, ngwana eo ke mo ratang?+
Le hoja ke mo kgalemetse ka makgetlo a mangata, ke ntse ke mo hopola.
Ke ka hoo ke mo hlolohetsweng.*+
Ruri ke tla mo hauhela.+
O ele hloko tsela e kgolo, tsela eo o lokelang ho tsamaya ka yona.+
Kgutla, wena morwetsana wa Iseraele, o kgutlele metseng ena ya hao.
22 Wena moradi ya sa tshepahaleng, o tla nne o ye kwana le kwana ho fihlela neng?
Jehova o entse ntho e ntjha lefatsheng:
Mosadi o tla batla monna.”
23 Jehova wa mabotho e leng Modimo wa Iseraele o re: “Nakong eo ke bokellang batho ba bona ba hapuweng, ba tla boela ba bue mantswe ana naheng ya Juda le metseng ya yona: ‘E se eka Jehova a ka o hlohonolofatsa, wena sebaka seo ba lokileng ba dulang ho sona,+ wena thaba e halalelang.’+ 24 Juda le metse yohle ya yona e tla ba le baahi, dihwai le badisa ba tla dula teng.+ 25 Etswe ke tla kgatholla motho ya kgathetseng mme ke kgorise e mong le e mong ya fokotseng ke tlala.”+
26 Yaba ke a phaphama ke bula mahlo, boroko ba ka bo ne bo nnatefetse.
27 Jehova o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla atisa ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda. Ke tla atisa le diphoofolo tsa bona.”+
28 Jehova o re: “Feela jwalo ka ha ke ne ke itokiseditse ho ba fothola, ho ba ripitla, ho ba senya,+ ho ba ntsha kotsi le ho ba fedisa, ke tla itokisetsa ho ba haha le ho ba tsitsisa.+ 29 Matsatsing ao, ha ba sa tla hlola ba re: ‘Bontate ba jele morara o bodila empa bara ke bona ba utlwang bodila boo.’+ 30 Empa motho le ha e le ofe ya jang morara o bodila, ke yena ya tla utlwa bodila boo. Motho e mong le e mong o tla shwela phoso ya hae.”
31 Jehova o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla etsa selekane se setjha le ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda.”+ 32 Hape Jehova o re: “Se ke ke sa tshwana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholoholo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tshwere ka letsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta+ ‘e leng selekane sa ka seo ba ileng ba se fetohela,+ le hoja ke ne ke le monga bona.’”*
33 Jehova o re: “Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele ka mora matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao wa ka ka hara bona,+ ke o ngole dipelong tsa bona.+ Ke tla ba Modimo wa bona mme bona e tla ba batho ba ka.”+
34 Jehova o re: “Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: ‘Tsebang Jehova’+ hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui.+ Ke tla tshwarela diphoso tsa bona mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.”+
35 Ana ke mantswe a Jehova,
Ya fanang ka letsatsi bakeng sa ho kgantsha motshehare
Le ka melao ya kgwedi le dinaledi bakeng sa ho kgantsha bosiu,
Ya fuduhang lewatle le ya etsang hore maqhubu a lona a lwebehlane,
Eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho. O re:+
36 Jehova o re: “‘Melao ena e tla hloleha ho sebetsa
Mohla bana ba Iseraele ba kgaotsang ho ba setjhaba ka pela ka.’”+
37 Jehova o re: “‘Feela jwalo ka ha mahodimo a ke ke a methwa le metheo ya lefatshe e ke ke ya tsejwa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe dintho tsohle tseo ba di entseng,’ ke Jehova ya tjhong.”+
38 Jehova o re: “Matsatsi a a tla ao ka ona Jehova a tla hahelwa motse+ ho tloha Toreng ya Hananiele+ ho ya Keiting e Khoneng.+ 39 Kgwele e methang+ e tla toba pele ho ya leralleng la Garebe ebe e tjekela Gowa. 40 Kgohlo* eo ho lahlelwang ditopo le molora* ho yona le masimo ohle ho ya fihla Kgohlong ya Kidrone+ le ho ya fihla sekgutlong sa Keiti ya Dipere+ ho elella botjhabela, e tla ba ntho e halalelang ho Jehova.+ E ke ke ya fediswa kapa ya senngwa hape le ka mohla.”
32 Jehova o ile a bua le Jeremia ka selemo sa leshome sa puso ya Morena Tsedekia wa Juda e leng selemo sa bo18 sa puso ya Nebukadnezare.*+ 2 Ka nako eo, masole a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema. Moprofeta Jeremia o ne a kwaletswe ka Lebaleng la Balebedi+ ka tlung ya morena* wa Juda. 3 Morena Tsedekia wa Juda o ne a tshwere Jeremia+ yaba o re ho yena: “Ke hobaneng ha o profeta tjee? O re: ‘Jehova o re: “Ke tla nehelana ka motse ona matsohong a morena wa Babilona mme o tla o hapa.+ 4 Morena Tsedekia wa Juda a ke ke a phonyoha Bakalde etswe ruri ho tla nehelanwa ka yena matsohong a morena wa Babilona mme ba tla buisana ba shebane mahlong.”’+ 5 Jehova o re: ‘O tla isa Tsedekia Babilona mme Tsedekia o tla dula teng ho fihlela ke etsa qeto ya hore na ke tla etsang ka yena. Le hoja le ntse le lwantsha Bakalde, le ke ke la atleha.’”+
6 Jeremia a re: “Jehova o itse ho nna: 7 ‘Hanamele mora wa Shalume ntatemoholo wa hao,* o tla tla ho wena a re: “Ithekele tshimo ya ka e Anathothe+ hobane o na le tokelo ya ho e reka pele.”’”+
8 Hanamele ngwana Ntatemoholo* a tla ho nna Lebaleng la Balebedi jwalo ka ha Jehova a tjhulo mme a re ho nna: “Ke kopa o reke tshimo ya ka e Anathothe, naheng ya Benjamine ka ha o na le tokelo ya hore e be ya hao le ya hore o e reke. Ithekele yona.” Ntho ena e ile ya etsa hore ke tsebe hore ke Jehova ya neng a batla hore ho be jwalo.
9 Yaba ke reka tshimo e Anathothe ho Hanamele ngwana Ntatemoholo. Ka mo bekgela tjhelete+ e etsang dikramo tse ka bang 80* le dikotwana tsa silevera tse leshome. 10 Jwale ka ngola lengolo la tumellano,+ ka le tempa,* ka bitsa dipaki+ yaba ke bekga tjhelete dikaleng. 11 Ka nka lengolo leo la tumellano le neng le kwetswe le bile le tempuwe ho ya ka taelo le molao mmoho le le neng le sa tempuwa 12 yaba ke fa Baruke+ mora wa Neria+ setloholo sa Mahaseia lengolo la tumellano le tempuweng. Ka mo fa lona Hanamele ngwana Ntatemoholo a le teng. Ho ne ho boetse ho ena le dipaki tse pakileng lengolong la tumellano le tempuweng le Bajuda bohle ba neng ba dutse Lebaleng la Balebedi.+
13 Ka laela Baruke ba ntse ba mametse ka re: 14 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Nka mangolo ana, lengolo la tumellano le kwetsweng ha mmoho le le butsweng, o a kenye ka Hara nkgo ya letsopa e le hore a se ke a senyeha.’ 15 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ho tla boela ho rekwe matlo, masimo le dirapa tsa morara naheng ena.’”+
16 Yaba ke rapela Jehova ka mora hore ke fe Baruke mora wa Neria lengolo la tumellano. Ka re: 17 “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle! O entse mahodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo+ le ka letsoho la hao le matla. Ha ho letho le ka o hlolang, 18 wena ya hauhelang batho ba dikete empa o tlohela bara hore ba kgole ditholwana tsa diphoso tsa bontate ba bona,+ Modimo wa nnete, e moholo, ya matla, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho. 19 Merero ya hao e meholo mme diketso tsa hao di matla,+ wena eo mahlo a hao a bonang diketso tsohle tsa batho,+ e le hore o fe e mong le e mong ho ya ka ditsela tsa hae le ho ya ka mesebetsi ya hae.+ 20 O entse dipontsho le mehlolo naheng ya Egepeta, tse ntseng di tsejwa le kajeno mme o iketseditse lebitso Iseraele le hara batho bohle+ feela jwalo ka ha ho tla etsahala letsatsing lena. 21 O ntshitse batho ba hao ba Iseraele naheng ya Egepeta, ka dipontsho, ka mehlolo, ka letsoho le matla* le ka diketso tse tshabehang.+
22 Ka mora nako, wa ba fa naha ena eo o ileng wa hlapanyetsa baholoholo ba bona+ hore o tla ba fa yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ 23 Ba ile ba tla mme ba dula ho yona empa ha ba a ka ba mamela lentswe la hao kapa ba ikobela molao wa hao. Ha ba a ka ba etsa eng kapa eng eo o ileng wa ba laela hore ba e etse, hoo o ileng wa etsa hore tlokotsi ena yohle e ba hlahele.+ 24 Banna ba tlile motseng mme ba entse ditotoma tse o thibellang e le hore ba o hape.+ Motse o tla wela matsohong a Bakalde ba o lwantshang ka lebaka la sabole,+ tlala le lefu la sewa.+ Dintho tseo o di boletseng di etsahetse jwalo ka ha o bona. 25 Le hoja motse o tla nehellwa Bakalde, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o itse ho nna: ‘Ithekele tshimo ka tjhelete mme o bitse dipaki.’”
26 Yaba Jehova o re ho Jeremia: 27 “Ke nna Jehova, Modimo wa batho bohle. Na ho na le ntho le ha e le efe e ka ntlholang? 28 Ka hona, Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona ho Bakalde le ho Nebukadnezare* morena wa Babilona mme o tla o hapa.+ 29 Bakalde ba lwantshang motse ona ba tla kena mme ba o hotetse. Ba tla tjhesa motse ona+ le matlo ao marulelong a wona batho ba neng ba etsetsa Baale mahlabelo le ho etsa dinyehelo tsa dino bakeng sa medimo e meng mme ba ntshitelwa.’+
30 Jehova o re: ‘Batho ba Iseraele le ba Juda ba entse dintho tse fosahetseng feela mahlong a ka ho tloha botjheng ba bona.+ Batho ba Iseraele ba dula ba ntshitelwa ka diketso tsa bona. 31 Etswe motse ona e bile sesosa sa bohale le kgalefo feela ho nna ho tloha letsatsing leo ka lona ba o hahileng ho fihlela letsatsing lena.+ Ka hoo, ke tla o tlosa ka pela mahlo a ka.+ 32 Ke tla o tlosa ka lebaka la bokgopo bohle boo batho ba Iseraele le ba Juda ba bo entseng hore ba ntshitelwe. Kaofela ha bona, marena,+ dikgosana,+ baprista, baprofeta,+ banna ba Juda le baahi ba Jerusalema ba nkgalefisitse. 33 Ho ena le hore ba kgutlele ho nna, ba mphuraletse.+ Le hoja ke lekile ho ba ruta ka makgetlokgetlo,* ha ho le ya mong wa bona ya neng a mamela ha a kgalemelwa.+ 34 Ba ne ba kenya ditshwantsho tsa bona tse nyonyehang ka tlung e bitswang ka lebitso la ka e le hore ba e silafatse.+ 35 Ho feta moo, ba hahile dibaka tse phahameng tsa Baale Kgohlong ya Mora wa Hinome*+ e le hore ba tjhese bara le baradi ba bona e le mahlabelo a etsetswang Moloke+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela yona.+ Ha ho mohla nkileng ka nahana* hore ba etse ntho ena e nyonyehang ebe ba etsa hore Juda e etse sebe.’
36 Ka hona, motse ona oo le reng o tla nehellwa morena wa Babilona ka sabole, tlala le lefu la sewa, Jehova Modimo wa Iseraele o re ka wona: 37 ‘Ke tla ba bokella ho tswa dinaheng tsohle tseo ke ba hasanyeditseng ho tsona ka bohale ba ka le ka kgalefo ya ka.+ Ke tla ba kgutlisetsa sebakeng sena, ke ba dumelle hore ba dule ba sireletsehile.+ 38 E tla ba setjhaba sa ka mme ke tla ba Modimo wa bona.+ 39 Ke tla fetola dipelo tsa bona+ le ditsela tsa bona e le hore ba ka dula ba ntshebeletsa ka mehla, molemong wa bona le molemong wa bana ba bona.+ 40 Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona,+ sa hore nke ke ka tlohela ho ba etsa hantle.+ Ke tla etsa hore ba ntlhomphe e le hore ba se ke ba mphuralla.+ 41 Ke tla thabela ho ba etsetsa dintho tse ntle.+ Hape ke tla etsa hore ba dule naheng ena+ ho ya ho ile. Ke tla etsa dintho tsena ka pelo yohle ya ka le ka moya wohle wa ka.’”*
42 “Etswe Jehova o re: ‘Feela jwalo ka ha ke tliseditse batho bana koduwa ena, ke tla ba etsetsa melemo yohle eo ke ba tshepisitseng yona.+ 43 Ho tla rekwa masimo naheng ena+ le hoja le re: “Naha ena ha e na baahi kapa sebata hape ho nehelanwe ka yona ho Bakalde.”’
44 “‘Batho ba tla reka masimo ka tjhelete, ho ngolwe mangolo a tumellano mme a kwalwe le dipaki di tla bitswa. Dintho tsena di tla etsahala naheng ya Benjamine+ le dibakeng tse haufi le Jerusalema, metseng ya Juda,+ metseng e dithabeng, metseng e mabalane*+ le metseng e ka borwa hobane ke tla kgutlisa batho ba bona ba hapuweng,’+ ke Jehova ya tjhong.”
33 Ha Jeremia a ntse a kwaletswe ntlong e Lebaleng la Balebedi,+ Jehova a bua le yena ka lekgetlo la bobedi a re: 2 “Jehova Moetsi wa lefatshe, Jehova ya bopileng lefatshe a ba a le tiisa ka thata, eo lebitso la hae e leng Jehova o re: 3 ‘Mpitseng, ke tla le araba mme ke le bolelle hanghang dintho tse kgolo le tse ke keng tsa utlwisiswa tseo le sa kang la di tseba.’+
4 Etswe nna Jehova Modimo wa Iseraele ke bua malebana le matlo a motse ona le matlo a marena a Juda ao batho ba a heleditseng e le ho itshireletsa saboleng le ditotomeng tse thibellang.+ 5 Ke boetse ke bua malebana le ba tlilo lwantsha Bakalde le ho tlatsa dibaka tsena ka ditopo tsa batho bao ke ba bolaileng ha ke ne ke halefile haholo, bohle bao bokgopo ba bona bo entseng hore ke patele motse ona sefahleho sa ka. 6 Ke re: ‘Ke fodisa motse ona mme ke o fa bophelo bo botle.+ Ke tla phekola batho mme ke ba fe kgotso le tshireletso.+ 7 Ke tla kgutlisa batho ba Juda le ba Iseraele+ ba hapuweng mme ke tla ba matlafatsa jwalo ka pele.+ 8 Ke tla ba tshwarela dibe le diphoso tsohle tseo ba nketseditseng tsona e le hore ba hlweke.+ 9 Lebitso la motse ona le tla nthabisa mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe tse tla utlwa ka melemo yohle eo ke ba etseditseng yona di tla nthorisa le ho ntlotlisa ka lebaka la wona.+ Di tla tshoha di thothomele+ ka lebaka la melemo yohle le kgotso yohle eo ke tla e tlisa motseng ona.’+
10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema tse fetohileng dithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utlwahale 11 modumo wa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, lentswe la ba reng: “Lebohang Jehova wa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+
‘Ba tla tlisa dinyehelo tsa teboho ka tlung ya Jehova+ etswe ke tla kgutlisa batho ba hapuweng ba naha feela jwalo ka pele,’ ke Jehova ya tjhong.
12 Jehova wa mabotho o re: ‘Ho tla boela ho be le makgulo bakeng sa badisa hore ba bothise mehlape sebakeng sena se senyehileng se se nang motho kapa phoofolo le metseng yohle ya sona.+
13 Metseng e dithabeng, e mabalane,* e ka borwa, naheng ya Benjamine, dibakeng tse haufi le Jerusalema+ le metseng ya Juda,+ badisa ba tla boela ba bale dinku tsa bona,’ ke Jehova ya tjhong.
14 ‘Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla etsa dintho tse ntle tseo ke tshepisitseng ho di etsa ka ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda,’ ke Jehova ya tjhong.+ 15 ‘Matsatsing ao le ka nako eo, ke tla hlahisetsa Davida mojalefa*+ ya lokileng ya tla phethisa toka le ho loka naheng.+ 16 Matsatsing ao, Juda e tla pholoswa+ mme Jerusalema e tla dula e sireletsehile.+ E tla bitswa ‘Jehova ke ho Loka ha Rona.’+
17 Etswe Jehova o re: ‘Ho tla dula ho ena le e mong wa leloko la Davida ya tla dula teroneng ya Iseraele+ 18 le baprista ba Balevi ba tla dula ba ena le monna ya emang ka pela ka hore a nyehele dinyehelo tse feletseng tsa setjheso, a tjhese dinyehelo tsa dijo* le ho etsa mahlabelo.’”
19 Jehova a boela a re ho Jeremia: 20 “Nna Jehova ke re: ‘Haeba le ka senya selekane seo ke se entseng le letsatsi kapa selekane seo ke se entseng le bosiu, la etsa hore bosiu le motshehare di se hlole di eba teng ka nako ya tsona,+ 21 ke mohla selekane sa ka le mohlanka wa ka Davida se ka felang+ yaba ha a be le mora ya busang e le morena teroneng ya hae.+ Hape ke mohla selekane sa ka le baprista ba Balevi e leng basebeletsi ba ka se ka felang.+ 22 Feela jwalo ka ha dinaledi tsa mahodimo* di ke ke tsa balwa le lehlabathe la lewatle le ke ke la balwa, ke tla atisa ditloholo* tsa mohlanka wa ka Davida jwalo ha mmoho le Balevi ba ntshebeletsang.’”
23 Jehova a boela a re ho Jeremia: 24 “Na ha o a utlwa hore na batho baa ba ntse ba reng? Ba re: ‘Jehova o tla lahla malapa a mabedi ao a a kgethileng.’ Ba tella batho ba ka hape ha ba sa ba nka e le setjhaba.
25 Jehova o re: ‘Feela jwalo ka ha ke entse selekane sa ka mabapi le bosiu le motshehare+ le melao* ya lehodimo le lefatshe,+ 26 ka ho tshwanang le ka mohla nke ke ka lahla ditloholo tsa Jakobo le tsa mohlanka wa ka Davida yaba ha ke kgethe marena a tla busa bana ba Abrahama, Isaka le Jakobo hara ditloholo tsa hae. Ke tla bokella batho ba bona ba hapuweng+ mme ke tla ba hauhela.’”+
34 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bua ho Jeremia, ha Nebukadnezare* morena wa Babilona, masole ohle, mebuso yohle ya lefatshe e tlasa puso ya hae le ditjhaba tsohle di lwantsha Jerusalema le metse yohle ya yona. O ile a re:+
2 “Jehova Modimo wa Iseraele o re: ‘Tsamaya o yo bua le Morena Tsedekia+ wa Juda, o re ho yena: “Jehova o re: ‘Ke nehelana ka motse ona letsohong la morena wa Babilona mme o tla o tjhesa ka mollo.+ 3 O ke ke wa phonyoha letsohong la hae hobane o tla tshwarwa mme ho nehelanwe ka wena letsohong la hae.+ O tla bona morena wa Babilona ka mahlo a hao a mabedi mme le tla bua le shebane mahlong ebe o ya Babilona.’+ 4 Le ha ho le jwalo, mamela lentswe la Jehova, wena Morena Tsedekia wa Juda: ‘Jehova o re ka wena: “O ke ke wa bolawa ka sabole. 5 O tla itjhwella ka kgotso,+ ba tla o etsetsa mokete wa ho tjhesa dibano jwalo ka ha ba etseditse bontate ba hao le marena a bileng teng pele ho wena. Ba tla o llela ba re: ‘Ao Monga rona!’ etswe ‘ke buile,’ ke Jehova ya tjhong.”’”’”
6 Yaba moprofeta Jeremia o bolella Morena Tsedekia wa Juda mantswe ana ohle a le Jerusalema. 7 E ne e le ha masole a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema le metse yohle ya Juda e setseng,+ a lwantsha Lakishe+ le Azeka.+ E ne e le yona feela metse ya Juda e neng e sireleditswe ka thata e sa kang ya haptjwa.
8 Ka mora hore Morena Tsedekia a etse selekane le setjhaba sohle se neng se le Jerusalema bakeng sa ho lokolla makgoba, Jehova o ile a bolella Jeremia+ 9 hore motho e mong le e mong a lokolle lekgoba la hae la Moheberu ebang ke la monna kapa la mosadi e le hore ho se ke ha eba le motho ya entseng Mojuda wa habo lekgoba. 10 Ka hoo, dikgosana tsohle le batho bohle ba mamela. Ba ne ba entse selekane sa hore motho e mong le e mong a lokolle lekgoba la hae ebang ke la monna kapa la mosadi mme e se ke ya hlola e eba makgoba. Yaba ba a mamela mme ba a ba lokolla. 11 Empa ha morao ba lata banna le basadi bao ba neng ba ba lokolotse bokgobeng, ba ba etsa makgoba hape. 12 Ka hoo, Jehova a bua le Jeremia mme Jehova a re:
13 “nna Jehova Modimo wa Iseraele ke re: ‘Ke entse selekane le baholoholo ba lona+ mohla ke neng ke ba ntsha Egepeta, naheng ya bokgoba ba lona+ ka re: 14 “Ka mora dilemo tse supileng, e mong le e mong wa lona a lokolle ngwanabo wa Moheberu eo a mo rekiseditsweng, ya mo sebeleditseng ka dilemo tse tsheletseng. Le mo lokolle.”+ Empa baholoholo ba lona ha ba a ka ba mmamela kapa ba ntshekehela tsebe. 15 Haufinyane tjena,* lona le sokolohile yaba le etsa ntho e nepahetseng mahlong a ka ka hore le lokolle bana ba bo lona mme le etse selekane le nna ka tlung e bitswang ka lebitso la ka. 16 Empa jwale le mphetohetse, la silafatsa lebitso la ka+ ka hore le late banna le basadi bao e neng e le makgoba a lona, bao le ileng la ba lokolla hore ba ye moo ba batlang yaba le ba etsa makgoba a lona hape.’
17 Ka hona, Jehova o re: ‘Ha le a mmamela hobane ha le a ka la lokolla bana ba bo lona le batho ba habo lona.+ Ka hoo, ke tla le lokolla hore le bolawe ka sabole, lefu la sewa le tlala+ mme ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e tshohe ha e bona ntho e le hlahetseng,’ ke Jehova ya tjhong.+ 18 ‘Ho tla etsahala tjena ka batho ba fetohetseng selekane sa ka, ba sa kang ba phetha mantswe a selekane seo ba se entseng ka pela ka ka ho seha namane ka lehare ebe ba feta pakeng tsa yona*+ 19 e leng dikgosana tsa Juda le tsa Jerusalema, diofisiri tsa lekgotla, baprista le batho bohle ba naha ba ileng ba feta pakeng tsa namane e sehilweng ka lehare: 20 Ke tla ba nehella dira tsa bona le batho ba batlang ho ba bolaya mme ditopo tsa bona e tla ba dijo tsa dinonyana tsa mahodimo le dibata tsa lefatshe.+ 21 Ke tla nehelana ka Morena Tsedekia wa Juda le dikgosana tsa hae matsohong a dira tsa bona, matsohong a ba batlang ho ba bolaya le matsohong a mabotho a morena wa Babilona+ a seng a sa batle ho le hlasela.+
22 Ke tla fana ka taelo mme ke tla ba kgutlisetsa motseng ona. Ba tla o lwantsha, ba o hape, ba o tjhese ka mollo.+ Ke tla etsa hore metse ya Juda e se ke ya eba le letho, e hloke baahi,’ ke Jehova ya tjhong.”+
35 Jehova a bua le nna Jeremia mehleng ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda a re: 2 “Eya lapeng la Barekabe,+ o bue le bona mme o ba tlise ka tlung ya Jehova, ho e nngwe ya dikamore tsa ho jela ebe o ba fa veine hore ba nwe.”
3 Ka hoo, ka tlisa mora wa Jeremia e leng Jazania setloholo sa Habazinia, bana babo, bara bohle ba hae le lelapa lohle la Barekabe 4 ka tlung ya Jehova. Yaba ke ba bitsetsa ka kamoreng ya ho jela ya bara ba Hanane mora wa Igdalia, mohlanka wa Modimo wa nnete. Kamore eo e ne e le pela kamore ya ho jela ya dikgosana e ka hodima kamore ya ho jela ya Maseia mora wa Shalume molebedi wa monyako. 5 Ka beha mabekere le dijana* tse tletseng veine ka pela bara ba Barekabe yaba ke re ho bona: “Nwang veine ke ena.”
6 Empa ba re: “Re ke ke ra nwa veine hobane Jehonadabe*+ mora wa Rekabe, moholoholo wa rona, o laetse hore rona kapa bara ba rona, re se ke ra nwa veine ho hang. 7 O itse re se ke ra haha matlo, ra jala peo, ra lema dirapa tsa morara kapa hona ho ba le tsona empa re nne re dule ditenteng e le hore re phele nako e telele naheng eo re dulang ho yona re le baditjhaba. 8 Ka hoo, ha re nwe veine ho hang, rona, basadi ba rona, bara le baradi ba rona hobane re mamela Jehonadabe mora wa moholoholo wa rona Rekabe nthong e nngwe le e nngwe eo a re laetseng yona. 9 Hape ha re hahe matlo ao re ka dulang ho ona, ha re jale peo, ha re be le dirapa tsa morara kapa masimo. 10 Re ntse re dula ditenteng mme re mamela dintho tsohle tseo moholoholo wa rona Jehonadabe* a re laetseng tsona. 11 Empa ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a futuhela naha ena,+ ra re: ‘Tloong, re yeng Jerusalema re balehe lebotho la sesole la Bakalde le la Basiria.’ Jwale re se re dula Jerusalema.”
12 Jehova a re ho Jeremia: 13 “Nna Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, ke re: ‘Eya mme o re ho batho ba Juda le ho baahi ba Jerusalema: “Na ha ke a le kopa ka makgetlo hore le mmamele?”+ ke Jehova ya tjhong. 14 “Jehonadabe mora wa Rekabe o laetse bana ba hae hore ba se ke ba nwa veine mme ba phethile mantswe a hae ka hore ba se ke ba nwa ho fihlela letsatsing lena. Ka hoo, ba mametse taelo ya moholoholo wa bona.+ Le ha ho le jwalo, nna ke buile le lona ka makgetlo* empa ha le a ka la mmamela.+ 15 Ka le romela bahlanka bohle ba ka ba baprofeta, ke ba romela ka makgetlokgetlo*+ ke re: ‘Ke kopa e mong le e mong wa lona a furalle ditsela tsa hae tse mpe+ mme a etse dintho tse nepahetseng. Le se ke la latela medimo e meng kapa la e sebeletsa. Ha le ka mmamela le tla nne le dule naheng eo ke e fileng lona le baholoholo ba lona.’+ Empa ha le a ka la mmamela kapa la ntshekehela tsebe. 16 Bana ba Jehonadabe mora wa Rekabe ba phethile taelo eo moholoholo wa bona+ a ba fileng yona empa setjhaba sena sona ha se a mmamela.”’
17 Jehova, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ka hoo, ke tlisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema tlokotsi yohle eo ke ba lemositseng ka yona+ hobane ke buile le bona empa ha ba a ka ba mmamela, ka nna ka ba bitsa empa ha ba a ka ba nkaraba.’”+
18 Yaba Jeremia o re ho lelapa la Barekabe: “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ka ha le mametse taelo ya Jehonadabe moholoholo wa lona mme le ntse le boloka ditaelo tsohle tsa hae le ho phetha hantle dintho tseo a le laetseng tsona, 19 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Ho tla dula ho ena le ngwana wa Jehonadabe* mora wa Rekabe ya ntshebeletsang.”’”
36 Selemong sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, Jehova a re ho Jeremia: 2 “Nka moqolo mme ho wona o ngole mantswe ohle ao ke o boleletseng ona ka Iseraele, Juda+ le ditjhaba tsohle,+ ho tloha mehleng ya Josiase ha ke qala ho bua le wena ho fihlela kajeno.+ 3 Mohlomong ha ba ntlo ya Juda ba utlwa ka tlokotsi eo ke nahanang ho ba tlisetsa yona, ba tla tlohela mekgwa ya bona e fosahetseng e le hore ke ba tshwarele diphoso tsa bona le dibe tsa bona.”+
4 Yaba Jeremia o bitsa Baruke+ mora wa Neria. A mo bolella ditaba tsohle tseo Jehova a neng a mo boleletse tsona. Baruke a di ngola moqolong.+ 5 Jwale Jeremia a re ho Baruke: “Ha ke a dumellwa ho kena ka tlung ya Jehova. 6 Ke wena ya tla tlameha ho ya mme o balle hodimo ditaba tsa Jehova tse ka moqolong oo o o ngotseng ha ke ntse ke o bolella tsona. Ka letsatsi la ho itima dijo, o o balle setjhaba ka tlung ya Jehova. O tla o balla batho bohle ba Juda ba tswang metseng ya habo bona. 7 Mohlomong ba tla kgutla mekgweng ya bona e fosahetseng ebe ba kopa Jehova hore a ba hauhele ka ha Jehova o itse o halefetse setjhaba sena haholo.”
8 Baruke mora wa Neria a etsa sohle seo moprofeta Jeremia a neng a mo laetse sona. A balla moqolo* wa ditaba tsa Jehova hodimo, a o balla ka tlung ya Jehova.+
9 Ka selemo sa bohlano sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase morena wa Juda, ka kgwedi ya borobong, setjhaba sohle se Jerusalema le setjhaba sohle se neng se tlile Jerusalema se tswa metseng ya Juda sa itima dijo hore Jehova a se hauhele.+ 10 Yaba Baruke o balla setjhaba sohle moqolo* wa Jeremia ka tlung ya Jehova, ka kamoreng ya ho jela ya Gemaria+ mora wa mokopitsi* Shafane,+ e lebaleng le ka hodimo, pela keiti e ntjha ya ntlo ya Jehova.+
11 Ha mora wa Gemaria e leng Mikaia setloholo sa Shafane a utlwa ditaba tsohle tsa Jehova tse tswang moqolong,* 12 a theohela ka tlung ya morena,* ka ofising ya mongodi. Diofisiri tsohle* tse kgolo di ne di dutse moo: Mongodi Elishama,+ Delaia mora wa Shemaia, Elnathane+ mora wa Akbore,+ Gemaria mora wa Shafane, Tsedekia mora wa Hanania le diofisiri tse ding kaofela. 13 Mikaia a ba bolella ditaba tsohle tseo a neng a di utlwile ha Baruke a balla setjhaba moqolo.*
14 Jwale diofisiri tsohle tsa roma mora wa Nethania e leng Jehudi setloholo sa Shelemia ebile e le setloholwana sa Kushi, tsa mo roma ho Baruke tsa re a re: “Tloo le moqolo oo o ileng wa o balla setjhaba.” Baruke mora wa Neria a nka moqolo mme a ya ho bona. 15 Ba re ho yena: “Re kopa o dule fatshe mme o re balle wona, o o balle hodimo.” Ka hoo, Baruke a ba balla wona.
16 Yare hang ha ba utlwa ditaba tseo, ba shebana ba tshohile yaba ba re ho Baruke: “Ka nnete re lokela ho bolella morena ditaba tsena tsohle.” 17 Ba re ho Baruke: “Re kopa o re bolelle hore na o ngotse ditaba tsena tsohle jwang. Na Jeremia o ne a ntse a o bolella tsona?” 18 Baruke a re ho bona: “O ile a mpolella ditaba tsena tsohle yaba nna ke di ngola moqolong* ona ka enke.” 19 Diofisiri tsa re ho Baruke: “Tsamaya o yo ipata, wena le Jeremia e le hore ho se ke ha eba le mang kapa mang ya tla tseba hore na le hokae.”+
20 Jwale ba ya lebaleng moo morena a neng a le hona teng mme ba beha moqolo ka ofising ya mongodi Elishama yaba ba bolella morena dintho tsohle tseo ba di utlwileng.
21 Ka hoo, morena a roma Jehudi+ hore a yo nka moqolo yaba o tla le wona ho tswa ofising ya mongodi Elishama. Jehudi a o balla morena le diofisiri tse emeng pela morena. 22 Morena o ne a dutse ka tlung eo a neng a dula ho yona mariha. E ne e le kgwedi ya borobong* mme mollo o ne o ntse o tuka leifong le ka pela hae. 23 Ka mora hore Jehudi a bale dikarolo tse tharo kapa tse nne tsa moqolo, morena o ne a tabola dikarolo tseo ka thipa ya mongodi ebe o di lahlela mollong o neng o tuka leifong, ho fihlela moqolo kaofela o fella mollong. 24 Morena le bahlanka bohle ba hae ba neng ba mametse ditaba tsena tsohle ha ba a ka ba tshoha ebile ha ba a ka ba tabola diaparo tsa bona. 25 Le hoja Elnathane,+ Delaia+ le Gemaria+ ba ile ba kopa morena ka thata hore a se ke a tjhesa moqolo oo, ha a ka a ba mamela. 26 Hape, morena a laela Jeramiele mora wa morena,* Seraia mora wa Azriele le Shelemia mora wa Abdiele hore ba tshware mongodi Baruke le moprofeta Jeremia. Empa Jehova a etsa hore ba se ke ba ba fumana.+
27 Ka mora hore morena a tjhese moqolo o nang le mantswe ao Baruke a neng a a ngotse ha a ntse a a bolellwa ke Jeremia,+ Jehova a boela a re ho Jeremia: 28 “Nka moqolo o mong, ho wona o ngole ditaba tsohle tse tshwanang le tsa moqolo wa pele, oo Morena Jojakime wa Juda a o tjhesitseng.+ 29 O phatlalatse molaetsa ona ka Morena Jojakime wa Juda: ‘Jehova o re: “O tjhesitse moqolo ona yaba o re: ‘Ke hobaneng ha o ngotse ho wona hore ruri morena wa Babilona o tla tla mme a fedise naha ee, a etse hore e se ke ya eba le motho le phoofolo?’+ 30 Ka hona, Jehova o re ka Morena Jojakime wa Juda: ‘Ha ho le ya mong wa ditloholo tsa hae ya tla sala hore a dule* teroneng ya Davida+ mme setopo sa hae se tla tjheswa ke letsatsi motshehare, se lale serame bosiu.+ 31 Ke tla otla yena, bana* ba hae le bahlanka ba hae bakeng sa diphoso tsa bona. Ke tla tlisetsa bona, baahi ba Jerusalema le batho ba Juda tlokotsi eo ke itseng ke tla ba tlisetsa yona+ hobane ha ba a ka ba mmamela.’”’”+
32 Ka hoo, Jeremia a nka moqolo o mong, a o fa Baruke mora wa Neria, mongodi.+ Jeremia a bolella Baruke mantswe ohle a moqolo* oo Morena Jojakime wa Juda a neng a o tjhesitse mollong+ yaba Baruke o a a ngola. Ho ile ha eketswa mantswe a mang a mangata a tshwanang le ao.
37 Nebukadnezare* morena wa Babilona a kgetha Tsedekia+ mora wa Josiase hore e be morena naheng ya Juda+ yaba Tsedekia o dula setulong sa Konia*+ mora wa Jojakime. 2 Empa Tsedekia le bahlanka ba hae le setjhaba sa naha eo ha ba a ka ba mamela mantswe a Jehova ao moprofeta Jeremia a neng a a buile.
3 Morena Tsedekia a roma Jukale+ mora wa Shelemia le Sofonia+ mora wa moprista Maseia ho moprofeta Jeremia hore ba re: “Re kopa o re rapelle ho Jehova Modimo wa rona.” 4 Jeremia o ne a itsamaela ka bolokolohi hara setjhaba ka ha ba ne ba eso mo kenye teronkong.+ 5 Ka nako eo, Bakalde ba ne ba thibeletse Jerusalema. Eitse ha ba utlwa hore lebotho la Faro le tla le tswa Egepeta,+ ba ikgula hore ba se ke ba futuhela Jerusalema.+ 6 Jwale Jehova a re ho moprofeta Jeremia: 7 “Nna, Jehova Modimo wa Iseraele ke re ho baromuwa ba Morena Tsedekia: ‘Le tle le re ho morena wa Juda ya le rometseng ho nna: “Masole a Faro a tlang ho tla o thusa a tla lokela ho kgutlela Egepeta naheng ya ona.+ 8 Bakalde ba tla kgutla, ba lwantshe motse ona, ba o hape ba be ba o tjhese.”+ 9 Nna Jehova ke re: “Le se ke la ithetsa ka ho re: ‘Bakalde ba tsamaetse ruri!’ hobane ba tlo kgutla. 10 Le ha le ne le ka la bolaya masole ohle a Bakalde a le lwantshang yaba ho sala feela banna ba tswileng dikotsi, ba ne ba tla nne ba raohe ba tswa ditenteng tsa bona mme ba tjhese motse ona.”’”+
11 Yare ha masole a Bakalde a se a ikgutse hore a se ke a futuhela Jerusalema ka lebaka la masole a Faro,+ 12 Jeremia a tloha Jerusalema a ya naheng ya Benjamine+ ho ya fumana lefa la hae hara batho ba habo. 13 Eitse ha a fihla Keiting ya Benjamine, molaodi wa balebedi, mora wa Shelemia eo lebitso la hae e leng Irija setloholo sa Hanania, a tshwara moprofeta Jeremia yaba o re ho yena: “Wena o inehela ho Bakalde!” 14 Jeremia a re: “Ha se nnete, ha ke inehele ho Bakalde.” Empa Irija ha a ka a mo mamela. Ho ena le hoo, a tshwara Jeremia mme a mo isa ho diofisiri. 15 Diofisiri tsa halefela Jeremia+ yaba di a mo otla, ha di qeta tsa mo kwalla+ ka tlung ya mongodi Jonathane e neng e fetotswe teronko. 16 Jeremia o ne a kwaletswe ka seleng* e ka tlasa lefatshe ntlong eo. A kwallwa moo matsatsi a mangata.
17 Morena Tsedekia a mo bitsa. Ha a se a le ka tlung*+ a mo botsa dipotso ka lekunutu a re: “Na ho na le molaetsa o tswang ho Jehova?” Jeremia a re: “E, o teng. O tla nehellwa morena wa Babilona.”+
18 Jeremia a boela a re ho Morena Tsedekia: “Wena le bahlanka ba hao le setjhaba see, ke le sitetswe ka eng ha e le moo le nkentse teronkong? 19 Ba kae baprofeta ba lona ba le profetetseng ba re morena wa Babilona a ke ke a le futuhela kapa a futuhela naha ee?+ 20 Ke kopa o mmamele kgosi ya ka morena. Ke kopa o nkgauhele. O se ke wa nkgutlisetsa ka tlung ya mongodi Jonathane,+ ho seng jwalo ke tlo shwella teng.”+ 21 Morena Tsedekia a fana ka taelo ya hore Jeremia a kwallwe ka tlung e ka Lebaleng la Balebedi.+ O ne a fuwa bohobe bo tswang seterateng sa baapehi letsatsi le leng le le leng,+ ho fihlela bohobe bohle bo fela motseng.+ Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi.
38 Shefatia mora wa Matane, Gedalia mora wa Pashkure, Jukale+ mora wa Shelemia le Pashkure+ mora wa Malkija ba utlwa ha Jeremia a re ho setjhaba sohle: 2 “Jehova o re: ‘Motho ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, tlala le ka lefu la sewa.+ Empa ya inehelang* ho Bakalde o tla pholoha* mme a nne a phele.’+ 3 Jehova o re: ‘Ruri motse ona o tla nehellwa masole a morena wa Babilona mme morena o tla o hapa.’”+
4 Diofisiri tse kgolo tsa re ho morena: “Re kopa hore monna enwa a bolawe+ hobane o nyahamisa masole a setseng motseng mona le batho bohle ka ho ba jwetsa dintho tsena. Etswe monna enwa ha a batlele setjhaba sena kgotso empa o se batlela tlokotsi.” 5 Morena Tsedekia a re: “Etsang ntho eo le e batlang ka yena. Ha ho letho leo nka le etsang ho le thiba.”
6 Ka hoo, ba nka Jeremia yaba ba mo kenya ka sekoting* sa Malkija mora wa morena, se neng se le Lebaleng la Balebedi.+ Ba theolela Jeremia tlase ka diropo. Ka sekoting seo ho ne ho se na metsi, ho tletse seretse feela. Ka hoo, Jeremia a tetebela seretseng.
7 Ebede-meleke+ wa Moethiopia, eo e neng e le ofisiri ya lekgotla* ka tlung ya morena,* a utlwa hore ba kentse Jeremia ka sekoting. Morena o ne a dutse Keiting ya Benjamine.+ 8 Ka hoo, Ebede-meleke a tswa ka tlung ya morena mme a bua le morena a re: 9 “Kgosi ya ka morena, ntho eo banna bana ba e entseng moprofeta Jeremia e mpe. Ba mo lahletse ka sekoting. O tla shwella teng ka lebaka la tlala hobane ha ho sa na bohobe motseng.”+
10 Morena a re ho Ebede-meleke wa Moethiopia: “Nka banna ba 30 mona o tsamaye le bona, le ntshe moprofeta Jeremia ka sekoting pele a shwa.” 11 Ka hoo, Ebede-meleke a tsamaya le banna bao, a kena ka tlung ya morena ka kamoreng e tlasa moo ho bolokelwang matlotlo+ yaba ba nka dikatana le masela a kgale ba a theolela ho Jeremia ka sekoting ba sebedisa diropo. 12 Ebede-meleke Moethiopia a re ho Jeremia: “Ke kopa o kenye dikatana le masela ka mahafing e le hore diropo di se ke tsa o sehla.” Jeremia a etsa jwalo. 13 Yaba ba hula Jeremia ka diropo mme ba mo nyolla ka sekoting. Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi.+
14 Morena Tsedekia a bitsa moprofeta Jeremia hore a tle monyako wa boraro o ka tlung ya Jehova yaba morena o re ho Jeremia: “Ho na le ntho eo ke batlang ho o botsa yona. O se ke wa mpatela letho.” 15 Yaba Jeremia o re ho Tsedekia: “Ha nka o bolella, jwang kapa jwang o tlo mpolaya. Hape ha nka o eletsa, ha o tlo mmamela.” 16 Yaba Morena Tsedekia o hlapanyetsa Jeremia lekunutung o re: “Ka Jehova ya phelang ya re fileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka o nehella banna bana ba batlang ho o bolaya.”
17 Jwale Jeremia a re ho Tsedekia: “Jehova Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ha o ka inehela* ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona, o ke ke wa shwa. Motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo mme wena le ba ntlo ya hao le ke ke la shwa.+ 18 Empa haeba o ke ke wa inehela* ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona, motse ona o tla nehellwa Bakalde, ba o tjhese ka mollo+ mme wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.’”+
19 Morena Tsedekia a re ho Jeremia: “Ke tshaba Bajuda ba balehetseng ho Bakalde hobane ha nka iswa ho bona, ba ka nna ba ntlhahisa kotsi.” 20 Empa Jeremia a re: “O ke ke wa iswa ho bona. Ke kopa o mamele lentswe la Jehova ka hore o mamele ntho eo ke o bolellang yona. Ha o ka etsa jwalo, dintho di tla o tsamaela hantle mme o tla nne o phele. 21 Empa haeba o sa inehele,* ho tla etsahala ntho ena eo Jehova a mpontshitseng yona: 22 Basadi bohle ba siilweng ka tlung ya morena wa Juda ba ntse ba tliswa ho diofisiri tse kgolo tsa morena wa Babilona+ mme ba re:
‘Batho bao a neng a ba tshepile* ba mo thetsitse mme ba mo hlotse.+
Ba entse hore leoto la hae le tetebele seretseng hoo a neng a sitwa ho tswa.
Jwale ba mo lahlile.’
23 Ba ntse ba tlisa basadi bohle ba hae le bara ba hae kaofela ho Bakalde mme a ke ke a phonyoha matsohong a bona. Morena wa Babilona+ o tla mo tshwara mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka lebaka la hae.”+
24 Yaba Tsedekia o re ho Jeremia: “O se ke wa tsebisa mang kapa mang dintho tsena e le hore o se ke wa shwa. 25 Haeba diofisiri tse kgolo di utlwa hore ke buile le wena mme di tla ho wena di re: ‘Re kopa o re bolelle hore na o itseng ho morena. O se ke wa re patela letho, re ke ke ra o bolaya.+ Morena o itseng ho wena?’ 26 O tle o re ho tsona: ‘Ke ne ke kopa morena hore a se ke a nkgutlisetsa ka tlung ya Jonathane hore ke shwelle teng.’”+
27 Ka mora nako, diofisiri tsohle tse kgolo tsa tla ho Jeremia mme tsa mo botsa. A di bolella dintho tsohle tseo morena a itseng a di bue. Ka hoo, ha di a ka tsa hlola di re letho ho yena ka ha ha ho motho ya neng a utlwile puisano ya hae le morena. 28 Jeremia a nna a dula Lebaleng la Balebedi+ ho fihlela letsatsing leo Jerusalema e haptjwang ka lona. O ne a ntse a le moo ha Jerusalema e haptjwa.+
39 Ka kgwedi ya leshome ha Morena Tsedekia wa Juda a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* wa Babilona le masole ohle a hae ba tla Jerusalema mme ba e thibella.+
2 Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone, ha Tsedekia a ena le dilemo tse 11 a busa, ba phunya lerako la motse ba kena.+ 3 Diofisiri tsohle tse kgolo tsa morena wa Babilona tsa tla mme tsa dula Keiting e Bohareng.+ Diofisiri tseo e ne e le Nergale-sharezere Mosamgare, Nebo-sarsekime Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le diofisiri tse ding kaofela tsa morena wa Babilona.
4 Ha Morena Tsedekia wa Juda le masole ohle a hae ba di bona, ba baleha+ mme ba tswa motseng bosiu ka tsela ya serapa sa morena. Ba tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi mme ba nna ba baleha ka tsela ya Araba.+ 5 Empa masole a Bakalde a ba lelekisa mme a fumana Tsedekia dithoteng tsa lehwatata tsa Jeriko.+ Masole a mo nka a mo isa Ribla+ ho Morena Nebukadnezare* wa Babilona naheng ya Hamathe+ moo morena a ileng a mo ahlolela teng. 6 Morena wa Babilona a laela hore bara ba Tsedekia ba bolawe ka pela mahlo a hae hona moo Ribla mme morena wa Babilona a laela hore bahlomphehi bohle ba Juda ba bolawe.+ 7 A foufatsa Tsedekia yaba ka mora moo o mo tlama ka ditlamo tsa koporo o mo tlisa Babilona.+
8 Yaba Bakalde ba tjhesa ntlo ya morena* le matlo a batho+ mme ba heletsa marako a Jerusalema.+ 9 Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuweng, ba balehetseng ka lehlakoreng la hae le batho ba bang kaofela ba setseng, a ba isa Babilona.
10 Empa Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a siya ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa naheng ya Juda, ba se nang letho. Letsatsing leo, a boela a ba fa dirapa tsa morara le masimo hore ba sebetse.*+
11 Morena Nebukadnezare* wa Babilona a fa Nebuzaradane mookamedi wa balebedi ditaelo tsena malebana le Jeremia: 12 “Mo nke mme o mo hlokomele. O se ke wa mo lematsa. Empa o mo fe ntho e nngwe le e nngwe eo a o kopang yona.”+
13 Ka hoo, Nebuzaradane mookamedi wa balebedi, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena wa Babilona ba roma banna 14 hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebedi+ mme ba mo ise ho mora wa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ye ntlong ya Gedalia. Ka hoo, Jeremia a lokollwa mme a phela le setjhaba.
15 Ha Jeremia a ntse a kwaletswe Lebaleng la Balebedi,+ Jehova o ne a ile a re ho yena: 16 “Tsamaya o yo re ho Ebede-meleke+ wa Moethiopia: ‘Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: “Ke phethahatsa mantswe a ka ka motse ona. Ke o tlisetsa tlokotsi eseng katleho. O tla bona ha e etsahala mohlang oo.”’
17 Jehova o re: ‘Empa letsatsing leo, ke tla o pholosa mme o ke ke wa nehellwa batho bao o ba tshabang.
18 Ke tla o pholosa mme o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla fumana bophelo ba hao e le moputso*+ hobane o ntshepile,’+ ke Jehova ya tjhong.”
40 Jehova o ile a bua le Jeremia ka mora hore Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi a mo lokolle Rama.+ Nebuzaradane o ne a ile a mo isa moo a tlamilwe ka diketane mme Jeremia o ne a le hara batho ba Jerusalema le Juda ba hapuweng, ba neng ba iswa Babilona. 2 Jwale mookamedi wa balebedi a nkela Jeremia ka thoko yaba o re ho yena: “Jehova Modimo wa hao o boletse kgale ka tlokotsi ena e etsahetseng mona. 3 Jehova o entse feela jwalo ka ha a boletse hobane le sitetswe Jehova ka hore ebe ha le a mo mamela. Ke ka hoo le hlahetsweng ke tlokotsi ena.+ 4 Kajeno ke fasolla diketane tse matsohong a hao. Haeba o bona ho le molemo hore o ye le nna Babilona, tloo mme ke tla o hlokomela. Empa haeba o sa batle ho ya le nna Babilona, o se ke wa ya. Ikele hohle moo o batlang ho ya teng naheng ena.”+
5 Pele Jeremia a etsa qeto ya hore a kgutle, Nebuzaradane a re: “Kgutla o ye ho mora wa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ eo morena wa Babilona a mo kgethileng hore a okamele metse ya Juda mme o dule le yena hara setjhaba kapa o ye hohle moo o batlang.”
Mookamedi wa balebedi a mo fa dijo le mpho yaba o mo lokolla hore a tsamaye. 6 Ka hoo, Jeremia a ya Mizpa+ ho Gedalia mora wa Akikame yaba o dula le yena hara setjhaba se neng se setse Juda.
7 Ka mora nako, balaodi bohle ba masole ba neng ba le naheng le masole a bona, ba utlwa hore morena wa Babilona o kgethile Gedalia mora wa Akikame hore a buse naha a be a okamele bafutsana ba banna, basadi le bana naheng eo, ba neng ba sa iswa Babilona.+ 8 Ka hoo, ba ya Mizpa+ ho Gedalia. E ne e le Ishmaele+ mora wa Nethania, Johanane+ le Jonathane bara ba Karea, Seraia mora wa Tanhumethe, bara ba Efai Monetofa le Jezania+ Momakathe, bona ha mmoho le masole a bona. 9 Mora wa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane a ba hlapanyetsa ha mmoho le masole a bona a re: “Le se ke la tshaba ho sebeletsa Bakalde. Dulang naheng ena, le sebeletse morena wa Babilona mme dintho di tla le tsamaela hantle.+ 10 nna ke tla dula Mizpa e le hore ke be moemedi wa lona ho* Bakalde ba tlang ho rona. Empa le lokela ho bokella veine, ditholwana tsa lehlabula le oli, le di tshele dinkgong tsa lona mme le dule metseng eo le ikabetseng yona.”+
11 Bajuda bohle ba neng ba le Moabe, Amone le Edomo ha mmoho le ba neng ba le dinaheng tse ding tsohle le bona ba utlwa hore morena wa Babilona o dumeletse Bajuda ba bang hore ba dule Juda le hore o kgethile mora wa Akikame, Gedalia setloholo sa Shafane hore a ba okamele. 12 Jwale Bajuda bohle ba qala ho kgutla dibakeng tsohle tseo ba neng ba hasantswe ho tsona, ba tla Mizpa e naheng ya Juda ho Gedalia. Ba bokella veine le ditholwana tsa lehlabula tse ngata haholo.
13 Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba masole ba neng ba le naheng, ba tla Mizpa ho Gedalia. 14 Ba re ho yena: “Na ha o tsebe hore Baalise morena wa Baamone+ o rometse Ishmaele mora wa Nethania hore a o bolaye?”+ Empa Gedalia mora wa Akikame ha a ka a ba kgolwa.
15 Johanane mora wa Karea a ya Mizpa ho Gedalia ka lekunutu yaba o re ho yena: “Ere ke yo bolaya Ishmaele mora wa Nethania, ha ho motho le ya mong ya tla tseba. Ho seng jwalo, o tla o bolaya ebe batho bohle ba Juda ba tlasa puso ya hao ba a hasanngwa, Bajuda ba setseng ba tla shwa.” 16 Empa Gedalia+ mora wa Akikame a re ho Johanane mora wa Karea: “O se ke wa etsa jwalo hobane ntho eo o e buang ka Ishmaele ke leshano.”
41 Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele+ mora wa Nethania e leng mora wa Elishama, ya tswang lelokong la borena ebile e le e mong wa banna ba ka sehloohong ba morena, a tla Mizpa+ ho Gedalia mora wa Akikame ha mmoho le banna ba bang ba leshome. Ha ba ntse ba ja dijo ha mmoho moo Mizpa, 2 Ishmaele mora wa Nethania le banna ba leshome ba neng ba ena le yena ba ema mme ba bolaya mora wa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane ka sabole. A bolaya monna eo morena wa Babilona a neng a mo behile hore a okamele naha. 3 Ishmaele a bolaya Gedalia le Bajuda bohle ba neng ba le pela Gedalia, Mizpa. A bolaya le masole a Bakalde a neng a le moo.
4 Ka letsatsi la bobedi Gedalia a bolailwe, pele mang kapa mang a tseba ka taba ena, 5 ha fihla banna ba 80 ba tswang Shikeme,+ Shilo+ le Samaria.+ Ba fihla ba beotse ditedu, ba tabotse diaparo tsa bona, ba itshehile,+ ba nkile dibano tse tshweu le dijo* tseo ba neng ba ilo di nyehela+ ka tlung ya Jehova. 6 Ka hoo, Ishmaele mora wa Nethania a tloha Mizpa ho ya ba kgahlanyetsa, a tsamaya a ntse a lla. Ha a teana le bona a re: “Tloong ho Gedalia mora wa Akikame.” 7 Ha ba fihla motseng, Ishmaele mora wa Nethania le banna bao a neng a ena le bona ba ba bolaya yaba ba ba lahlela ka sekoting.
8 Empa banna ba leshome hara bona ba re ho Ishmaele: “O se ke wa re bolaya etswe re na le dijo tseo re di patileng naheng. Ke koro, harese le mahe a dinotshi.” Ka hoo, a ithiba hore a se ke a ba bolaya ha mmoho le bana ba bo bona. 9 Jwale Ishmaele a lahlela ditopo tsohle tsa banna bao a neng a ba bolaile ka sekoting se seholo. Sekoti seo se ne se entswe ke Morena Asa ha a hlasela Morena Baasha wa Iseraele.+ Ishmaele mora wa Nethania o ile a tlatsa sekoti seo ka ditopo tsa banna bao.
10 Ishmaele a hapa batho bohle ba neng ba le Mizpa+ ha mmoho le baradi ba morena le batho bohle ba neng ba setse Mizpa, bao Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a neng a ba behile tlhokomelong ya Gedalia+ mora wa Akikame. Ishmaele mora wa Nethania a ba hapa mme a tloha a tshelela ho Baamone.+
11 Ha Johanane+ mora wa Karea le balaodi bohle ba masole ba neng ba ena le yena ba utlwa ka dintho tsohle tse mpe tseo Ishmaele mora wa Nethania a di entseng, 12 ba tsamaya le banna bohle ho ya lwantsha Ishmaele mora wa Nethania. Ba mo fumana Gibeone pela letamo le leholo.*
13 Batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile ba thaba ha ba bona Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba neng ba ena le yena. 14 Yaba batho bohle bao Ishmaele a neng a ba hapile Mizpa+ ba kgutlela ho Johanane mora wa Karea. 15 Empa Ishmaele mora wa Nethania le banna ba robedi ba neng ba ena le yena ba phonyoha matsohong a Johanane, ba balehela ho Baamone.
16 Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba neng ba ena le yena ba kgutla le batho bohle ba hapilweng Mizpa, bao ba ba pholositseng matsohong a Ishmaele mora wa Nethania ka mora hore a bolaye Gedalia+ mora wa Akikame. Ba kgutla le banna, masole, basadi, bana le diofisiri tsa lekgotla ho tswa Gibeone. 17 Ka hoo, ba tsamaya yaba ba dula ha Kimhame pela Bethlehema+ ka morero wa ho theohela Egepeta+ 18 ka lebaka la Bakalde. Ba ne ba ba tshohile ka ha Ishmaele mora wa Nethania o ne a bolaile Gedalia mora wa Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mo kgethile hore a okamele naha.+
42 Balaodi bohle ba sesole, Johanane+ mora wa Karea, Jezania mora wa Hoshaia le setjhaba sohle, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui, ba tla 2 mme ba re ho moprofeta Jeremia: “Re kopa o re hauhele, o re rapelle ho Jehova Modimo wa hao molemong wa batho bohle ba setseng+ etswe re ne re le bangata empa re se re le mmalwa jwalo ka ha o bona. 3 E se eka Jehova Modimo wa hao a ka re bolella tsela eo re lokelang ho tsamaya ka yona le hore na re etseng.”
4 Yaba moprofeta Jeremia o re: “Ke le utlwile mme ke ntse ke rapela Jehova Modimo wa lona jwalo ka ha le nkopile. Ke tla le bolella hore na Jehova o itseng ha a le araba, nke ke ka le patela letho.”
5 Ba re ho Jeremia: “Jehova e ke e be paki ya nnete le e tshepahalang e tla re ahlola haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Jehova Modimo wa hao a tlang ho re fa tsona ka wena. 6 Re tla mamela Jehova Modimo wa rona eo re o romang ho yena ebang re rata ditaelo tseo a re fang tsona kapa tjhe. Re tla mamela lentswe la Jehova Modimo wa rona e le hore dintho di tle di re tsamaele hantle.”
7 Ka mora matsatsi a leshome Jehova a bua le Jeremia. 8 Ka hoo, a bitsa Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba neng ba ena le yena le setjhaba sohle, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui.+ 9 A re ho bona: “Jehova Modimo wa Iseraele, eo le itseng ke le kopele mohau ho yena o re: 10 ‘Haeba ruri le tla dula naheng ena, ke tla le haha, nke ke ka le diha. Ke tla le hloma, nke ke ka le fothola etswe ke tla utlwa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo ke le baketseng yona.+ 11 Le se ke la tshoswa ke morena wa Babilona eo le mo tshabang.’+
Jehova o re: ‘Le se ke la mo tshaba etswe ke na le lona e le hore ke le pholose le ho le lopolla matsohong a hae. 12 Ke tla le hauhela mme morena wa Babilona o tla le hauhela,+ a le kgutlisetse naheng ya lona.
13 Empa haeba le ka re: “Re ke ke ra dula naheng ena,” ebe ha le mamele Jehova Modimo wa lona 14 mme le re: “Re ka mpa ra ya naheng ya Egepeta,+ moo re ke keng ra bona ntwa, ra utlwa modumo wa lenaka kapa ra lapela bohobe. Ke hona moo re tla dula teng.” 15 Jwale mamelang Jehova lona ba setseng ba Juda. Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o re: “Haeba le ikemiseditse ho ya Egepeta ho ya dula teng,* 16 sera seo le se tshabang se tla le hlasela ka sabole hona moo naheng ya Egepeta le tlala eo le e tshabang e tla le latela ho ya fihla Egepeta mme le tla shwella teng.+ 17 Batho bohle ba ikemiseditseng ho ya Egepeta hore ba dule teng ba tla bolawa ka sabole, tlala le lefu la sewa. Ha ho le ya mong wa bona ya tla pholoha kapa a balehe tlokotsi eo ke tla ba tlisetsa yona.”’
18 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Haeba le ka ya Egepeta, ke tla le halefela jwalo ka ha ke ile ka halefela baahi ba Jerusalema.+ Batho ba tla tshoha ha ba le bona. Le tla rohakwa, le songwe, le nyefolwe+ mme ha le sa tla hlola le bona sebaka sena.’
19 Jehova o buile le lona, lona ba setseng ba Juda hore le se ke la ya Egepeta. Le tsebe hore ka nnete ke le lemositse kajeno 20 hore ha le ka etsa phoso eo feela, le tla shwa. Etswe le itse ke bue le Jehova Modimo wa lona la re: ‘Re rapelle ho Jehova Modimo wa rona, o re bolelle sohle seo Jehova Modimo wa rona a tla se bua mme re tla se etsa.’+ 21 Ke le boleletse kajeno hore na o itseng empa le tla hana ho mamela Jehova Modimo wa lona kapa ho etsa ntho le ha e le efe eo a nthometseng hore ke le bolelle yona.+ 22 Jwale tsebang hore le tla shwella sebakeng seo le batlang ho ya dula ho sona.+ Le tla bolawa ka sabole, tlala le lefu la sewa.”
43 Ha Jeremia a qeta ho bolella batho kaofela mantswe ana ohle a tswang ho Jehova Modimo wa bona, ditaba tsohle tseo Jehova Modimo wa bona a neng a mo romme hore a ba bolelle tsona, 2 Azaria mora wa Hoshaia, Johanane+ mora wa Karea le banna bohle ba iketelletsang pele ba re ho Jeremia: “O leshano! Jehova Modimo wa rona ha a eso re o tle ho rona o re: ‘Le se ke la ya Egepeta ho ya dula teng.’ 3 Empa ke Baruke+ mora wa Neria ya o hlohlelletsang hore o nehelane ka rona matsohong a Bakalde e le hore ba re bolaye kapa ba re hape ba re ise Babilona.”+
4 Ka hoo, Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole le batho kaofela ha ba a ka ba mamela Jehova ha a re ba nne ba dule naheng ya Juda. 5 Johanane mora wa Karea le balaodi bohle ba sesole ba tsamaya le Bajuda bohle ba neng ba kgutletse naheng ya Juda hore ba dule teng ba tswa ditjhabeng tsohle tseo ba neng ba hasanyeditswe ho tsona.+ 6 Ba tsamaya le banna, basadi, bana, baradi ba morena le motho e mong le e mong eo Nebuzaradane,+ mookamedi wa balebedi a neng a mo siile le mora wa Akikame+ e leng Gedalia,+ setloholo sa Shafane+ ha mmoho le moprofeta Jeremia le Baruke mora wa Neria. 7 Ha ba a ka ba mamela Jehova. Ho ena le hoo, ba ya naheng ya Egepeta ba ba ba fihla Takpanese.+
8 Ha Jeremia a le Takpanese, Jehova a bua le yena a re: 9 “Nka majwe a maholo, o a pate setupung sa ditene se monyako wa ntlo ya Faro e Takpanese ebe o a kwahela ka samente moo banna ba Bajuda ba ntseng ba o bona. 10 O re ho bona: ‘Jehova wa mabotho e leng Modimo wa Iseraele o re: “Ke bitsa Nebukadnezare* morena wa Babilona, mohlanka wa ka.+ Ke tla beha terone ya hae hodima majwe ana ao ke a patileng mme o tla hloma tente ya hae ya borena hodima ona.+ 11 O tla tla mme a hlasele naha ya Egepeta.+ Ba bang ba tla bolawa ke lefu la sewa, ba bang ba tla haptjwa athe ba bang bona ba tla bolawa ka sabole.+ 12 Ke tla hotetsa matlo* a medimo ya Egepeta+ mme morena wa Babilona o tla a tjhesa a be a hape medimo eo. O tla hapa naha ya Egepeta ha bonolo feela jwalo ka ha modisa a ithatela ka seaparo sa hae mme o tla tloha teng ka kgotso.* 13 O tla roba difika tsa Bethe-shemeshe* dikoto naheng ya Egepeta mme a tjhese matlo* a medimo ya Egepeta ka mollo.”’”
44 Modimo a bua le Jeremia hore a re ho Bajuda bohle ba neng ba dula naheng ya Egepeta,+ Migdole,+ Takpanese,+ Nofe*+ le Pathrose:+ 2 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Le bone tlokotsi eo ke e tliseditseng Jerusalema+ le metse yohle ya Juda mme kajeno ke dithako tse se nang baahi.+ 3 Ke ka lebaka la bobe boo le bo entseng ka morero wa ho ntshitelwa ka ho etsa mahlabelo+ le ho sebeletsa medimo e meng eo lona kapa baholoholo ba lona le sa kang la e tseba.+ 4 Ka nna ka romela bahlanka bohle ba ka bao e leng baprofeta ho lona, ka ba romela ka makgetlokgetlo* ke re: “Ke kopa le se ke la etsa ntho ena e nyonyehang eo ke e hloileng.”+ 5 Empa ha le a ka la mamela kapa la sekeha tsebe hore le tlohele bobe ba lona ka ho se etsetse medimo e meng mahlabelo.+ 6 Ka hoo, bohale ba ka bo ile ba tukela metse ya Juda le Jerusalema mme metse eo ya senyeha, ya dula e se na baahi ho fihlela letsatsing lena.’+
7 Jwale Jehova Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke hobaneng ha le ipakela tlokotsi e kgolo, tlokotsi ya hore monna e mong le e mong le mosadi, ngwana le lesea, ba bolawe Juda mme ho se be le ya salang? 8 Ke hobaneng ha le ntshitelwa ka mesebetsi ya lona ka ho etsetsa medimo e meng mahlabelo naheng ya Egepeta moo le ileng ho ya dula teng? Le tla shwa, le rohakwe le be le nyefolwe hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe.+ 9 Na le se le lebetse diketso tsa lona tse mpe, tsa basadi ba lona,+ tsa baholoholo ba lona, tsa marena a Juda+ ha mmoho le tsa basadi ba ona,+ tse entsweng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 10 Ho fihlela letsatsing lena ha le ikokobetse,* ha le ntlhomphe+ kapa hona ho mamela melao ya ka le ditaelo tseo ke di fileng lona le baholoholo ba lona.’+
11 Ka hoo, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke ikemiseditse ho le tlisetsa tlokotsi, ho fedisa Juda yohle. 12 Ke tla nka Bajuda ba setseng ba pheheletseng ho ya dula Egepeta mme kaofela ba tla shwella naheng ya Egepeta.+ Ba tla bolawa ke sabole le tlala, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui. Ba tla fediswa ke sabole le tlala. Batho ba tla tshoha ha ba ba bona, ba tla rohakwa, ba songwe ba be ba nyefolwe.+ 13 Ke tla otla ba dulang naheng ya Egepeta jwalo ka ha ke otlile Jerusalema ka sabole, tlala le lefu la sewa.+ 14 Batho ba setseng ba Juda ba ileng Egepeta ho ya dula teng ba ke ke ba phela kapa ba phonyoha hore ba kgutlele naheng ya Juda. Ba tla labalabela ho kgutlela teng empa ba ke ke ba kgutla. Ho tla kgutla ba seng bakae feela ba phonyohileng.’”
15 Banna bohle ba neng ba tseba hore basadi ba bona ba etsetsa medimo e meng mahlabelo le basadi bohle ba neng ba eme moo ba entse letshwelehadi le batho bohle ba neng ba phela Pathrose+ naheng ya Egepeta,+ ba araba Jeremia ba re: 16 “Re ke ke ra mamela ditaba tseo o re boleletseng tsona ka lebitso la Jehova. 17 Empa re tla hle re phethe mantswe ohle ao re a buileng ka hore re etsetse Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo le dinyehelo tsa dino+ feela jwalo ka ha rona, baholoholo ba rona, marena a rona le diofisiri tsa rona re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ha re ne re kgora mme re atlehile, re sa hlahelwe ke tlokotsi ho hang. 18 Hang hoba re kgaotse ho etsetsa Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo le dinyehelo tsa dino, re ile ra haellwa ke ntho e nngwe le e nngwe, jwale re fedile ke sabole le tlala.”
19 Basadi le bona ba re: “Banna ba rona ba ile ba re dumella ho etsetsa Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo, dinyehelo tsa dino le mahobe a sehlabelo a bopehileng jwalo ka yena.”
20 Yaba Jeremia o re ho batho bohle, e leng banna le basadi ba bona le bohle ba neng ba bua le yena: 21 “Mahlabelo a entsweng ke lona, baholoholo ba lona, marena a lona, diofisiri tsa lona le batho ba naha metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema,+ Jehova o a hopotse mme ha a ka a a lebala.* 22 Qetellong Jehova o ne a se a sa kgone ho mamella diketso tsa lona tse mpe le dintho tse ditshila tseo le di entseng. Ka hoo, naha ya lona ya senyeha, ya eba ntho e tshosang le e rohakilweng, e se nang moahi jwalo ka ha ho le jwalo le letsatsing lena.+ 23 Ke hobane le entse mahlabelo ana le hobane le sitetswe Jehova mme ha le a mamela Jehova. Ha le a ka la mamela molao wa hae le ditaelo tsa hae le dikgopotso tsa hae. Ke ka lebaka leo le hlahetsweng ke tlokotsi ena jwalo ka ha le bona.”+
24 Jeremia a boela a re ho setjhaba sohle ho akarelletsa le basadi bohle: “Utlwang lentswe la Jehova, lona Bajuda bohle ba naheng ya Egepeta. 25 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Dintho tseo lona le basadi ba lona le di buileng ka melomo ya lona, le di phethahaditse ka matsoho a lona hobane le itse: “Re tla hle re phethe boitlamo ba rona ba ho etsetsa Mofumahadi wa Lehodimo* mahlabelo le dinyehelo tsa dino.”+ Lona basadi le tla fela le phethe boitlamo ba lona mme le bo tshepahalle.’
26 Jwale utlwang lentswe la Jehova, lona Bajuda bohle ba dulang naheng ya Egepeta: ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka lebitso la ka le leholo hore ha ho na Mojuda+ le ha e le ofe naheng yohle ya Egepeta ya tla hlola a ikana ka lebitso la ka a re: ‘Ka Mmusi wa Dintho Tsohle Jehova ya phelang!’+ 27 Ke ba behile leihlo e le hore ke ba tlisetse tlokotsi eseng ntho e molemo.+ Bajuda bohle ba naheng ya Egepeta ba tla bolawa ke sabole le tlala ho fihlela ba fela.+ 28 Ke ba seng bakae feela ba tla phonyoha sabole mme ba kgutlele naheng ya Juda+ ba tswa Egepeta. Bohle ba setseng ba Juda ba tlileng naheng ya Egepeta ho tla dula teng ba tla tseba hore na ha e le nna e le bona, ya neng a bua nnete ke mang.”’
29 Jehova o re: ‘Ke tla etsa pontsho ena bakeng sa lona e le hore le bone hore ke tla le otlela naheng ena, le tle le tsebe hore ke tla le tlisetsa tlokotsi jwalo ka ha ke boletse. 30 Jehova o re: “Ke tla nehelana ka Faro Hofra, morena wa Egepeta matsohong a dira tsa hae le a batho ba batlang ho mo bolaya feela jwalo ka ha ke nehelane ka Morena Tsedekia wa Juda matsohong a Morena Nebukadnezare* wa Babilona, eo e neng e le sera sa hae a bile a batla ho mo bolaya.”’”+
45 Ka selemo sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, Baruke+ mora wa Neria o ne a ngola bukeng mantswe ao moprofeta Jeremia+ a neng a ntse a mo bolella ona. Yaba moprofeta Jeremia o re ho Baruke:
2 “Jehova Modimo wa Iseraele o re ho wena Baruke: 3 ‘O itse: “Ke madimabe hobane Jehova o nkekeleditse mesarelo hodima ke se ke ntse ke utlwile bohloko. Ke tepeleditswe ke ho lla mme ha ke na kgotso.”’
4 O tle o re ho yena: ‘Jehova o re: “Ke qhaqha seo ke se hahileng mme ke fothola seo ke se lemmeng. Ke tla etsa tjena naheng ena kaofela.+ 5 Empa wena o ntse o ipatlela* dintho tse kgolo. Kgaotsa ho di batla.”’
Jehova o re: ‘Etswe ke tlo tlisetsa batho bohle* tlokotsi+ empa wena ke tla o fa bophelo ba hao e le moputso* hohle moo o ka yang teng.’”+
46 Ana ke mantswe ao Jehova a ileng a a bolella moprofeta Jeremia ka ditjhaba:+ 2 O ile a bua ka Egepeta+ le lebotho la Faro Neko+ morena wa Egepeta ya ileng a hlolwa ke Morena Nebukadnezare* wa Babilona a le Karkemishe pela Noka ya Eufrate ka selemo sa bone sa puso ya Jojakime+ mora wa Josiase, morena wa Juda, a re:
4 Qhanehang dipere mme le palame, lona banna ba dipere.
Itokisetseng ntwa, le rwale dihelmete.
Leotsang marumo, le apare diaparo tsa tshepe.
5 Jehova o re: ‘Ke hobaneng ha ke bona ba tshohile?
Ba a baleha, bahlabani ba bona ba hlotswe.
Ba balehile ke ho ferekana, bahlabani ba bona ha ba a hetla morao.
Boemo ke bo tshosang.
6 Ba lebelo ha ba kgone ho baleha mme bahlabani ha ba kgone ho phonyoha.
Ka leboya, pela lebopo la Noka ya Eufrate,
Ba kgopilwe mme ba wele.’+
7 Ke mang eo ya nyolohang jwalo ka Noka ya Nile
Jwalo ka dinoka tseo metsi a tsona a kgahlellanang?
E re: ‘Ke tla nyoloha, ke kwahele lefatshe.
Ke tla fedisa motse le ba ahileng ho wona.’
9 Futuhang, lona dipere.
Le mathe ka lebelo, lona dikariki.
Bahlabani ba ye,
Ba Kushe le Pute, ba tshwarang dithebe+
Le bahlabani ba Balude,+ ba sebedisang diqha ka boqhetseke.*+
10 Letsatsi leo ke la Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho. Ke letsatsi la phetetso, letsatsi la hore a iphetetse ho dira tsa hae. Sabole e tla ja ho fihlela e kgotshe, e tla nwa madi a bona ho fihlela e kgotsofetse. Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho, o tla etsa sehlabelo naheng ya leboya pela Noka ya Eufrate.+
Ha ho na thuso ya hore ebe o ekeditse meriana ya hao
Hobane ha ho na pheko bakeng sa hao.+
12 Ditjhaba di utlwile ka ho tlotloloha ha hao.+
Sello sa hao se tletse motseng,
Etswe mohlabani o thulana le mohlabani e mong
Ebe ka bobedi ba wela fatshe.”
13 Jehova o buile le moprofeta Jeremia ka ho tla ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona ho tla hlasela naha ya Egepeta+ a re:
14 “Hasang molaetsa Egepeta, le o phatlalatse Migdole.+
Le o phatlalatse Nofe* le Takpanese,+
Le re: ‘Emang, le itokise
Ka ha sabole e tla bolaya motho e mong le e mong ya le potolohileng.
15 Ke hobaneng ha masole a lona a matla a hohotswe?
Ha a a kgona ho ema a tiile
Hobane Jehova o a sutumeleditse fatshe.
16 A kgoptjwa ka bongata ebile a a wa.
A ntse a buisana a re:
“Emang re baleheng, re kgutleleng setjhabeng sa habo rona, naheng ya habo rona
Etswe sabole e bolaya batho ba bangata ka sehloho.”’
17 Ha masole ao a le moo, a phatlalatsa a re:
‘Faro morena wa Egepeta o bua haholo feela ha ho letho leo a le etsang.
O tlohetse monyetla* hore o fete.’+
18 Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho o re: ‘Ke hlapanya ka nna
Hore o* tla fihla jwalo ka Tabore+ hara dithaba,
A be jwalo ka Karmele+ pela lewatle.
19 Tlamang thoto le itokisetse ho baleha,
Lona baahi ba Egepeta.
Etswe Nofe* e tla fetoha ntho e tshosang.
E tla tjheswa,* e sale e se na baahi.+
20 Egepeta e jwalo ka kgomo e ntle ya sethojana.*
Empa menwang e tla e futuhela e tswa leboya.
21 Masole a yona a hirilweng a jwalo ka manamane a nontshitsweng ho tlola.
A kgutletse morao yaba a baleha kaofela.
A ne a sa kgone ho ema a tiile.+
Etswe letsatsi la tlokotsi le a wetse hodimo,
Nako ya ona ya ho ahlolwa.’
22 ‘Lentswe la yona le tshwana le modumo wa noha e balehang,
Masole a matla a ba direng, a e sala morao a nkile dilepe
Jwalo ka banna ba remang difate.*
23 Ba tla rema moru wa yona le hoja o teteane haholo,’ ke Jehova ya tjhong.
‘Etswe ba bangata ho feta ditsie, ha ba na palo.
24 Batho ba Egepeta ba tla tlotlollwa.
Ba tla nehellwa setjhaba sa leboya.’+
25 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla otla Amone+ modimo wa motse wa No,*+ ke otle Faro, Egepeta ha mmoho le medimo ya yona+ le marena a yona. Ke tla otla Faro le bohle ba mo tshepileng.+
26 Ke tla ba nehella batho ba batlang ho ba bolaya, ke ba nehelle Morena Nebukadnezare* wa Babilona+ le bahlanka ba hae. Empa ka mora moo, Egepeta e tla ba le baahi jwalo ka mehleng ya pele,’ ke Jehova ya tjhong.+
27 ‘Ha e le wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshoha.
O se ke wa haroha letswalo, wena Iseraele.+
Etswe ke tla o pholosa o le hole,
Ke pholose bana* ba hao naheng eo ba isitsweng ho yona ha ba haptjwa.+
Jakobo o tla kgutla mme a phele ka kgotso le kgutso
Ho se na motho ya tla mo tshosa.’+
28 Jehova o re: ‘O se ke wa tshoha, wena mohlanka wa ka Jakobo etswe ke na le wena.
47 Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Bafilista+ pele Faro a hlasela Gaza. 2 Jehova a re:
“Bonang! Metsi a tla a tswa leboya.
A tla tla ka sekgahla se kang sa sekgohola.
A tla kwahela naha le ntho e nngwe le e nngwe e ho yona,
Motse le baahi ba wona.
Banna ba tla bokolla,
Bohle ba dulang naheng ba tla hlaba seboko.
3 Ha ho utlwahala modumo wa ditlhako tsa dipere tse matla tsa ba direng
Le wa dikariki tsa bona tsa ntwa
Mme ho utlwahala modumo wa mabidi a tsona,
Bontate ba ke ke ba kgutlela ho tla pholosa bara ba bona
Ka ha ba tla be ba thothomela ke letswalo.*
4 Ho tla fihla letsatsi la hore Bafilista bohle ba fediswe.+
Bohle ba neng ba thusa Tire+ le Sidone+ ba tla fediswa.
5 Gaza e tla phumoha lefatla.*
Ashkelone e ripitlilwe.+
Kgutlela selateng sa hao.
Iphomolele mme o kgutse.
7 E ka kgutsa jwang
Jehova a e file taelo?
O e laetse hore e lwantshe
Ashkelone le lebopo la lewatle.”+
48 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re ka Moabe:+
“Ho madimabe Nebo+ hobane e ripitlilwe.
Kiriathaime+ e hapuwe, baahi ba yona ba swabile.
Batho ba dulang dibakeng tse sireletsehileng ba tlotlolotswe ebile ba tshohile.+
2 Ba direng ha ba sa rorisa Moabe.
Ba rerile ho mo diha ba le Heshbone+ ba re:
‘Tloong, a re fediseng Moabe hore e se ke ya hlola e eba setjhaba.’
Le wena Madmene, o lokela ho kgutsa
Hobane sabole e o setse morao.
4 Moabe o wele.
Bana ba hae ba a bokolla.
5 Tseleng e nyolohelang Duhithe batho ba nyoloha ba ntse ba lla.
Tseleng e theohelang, e tswang Horonaime ba utlwa batho ba llang ka lebaka la tlokotsi.+
6 Balehang, le pholoseng bophelo ba lona,
Le be jwalo ka sefate sa junipere lefeelleng.
7 Ka ha wena Moabe o tshepile mesebetsi ya hao le maruo a hao,
O tla haptjwa.
Kemoshe+ o tla haptjwa
Le baprista ba hae le marena a mo sebeletsang.
8 Sera se fedisang se tla kena motseng o mong le o mong.
Ha ho na motse o tla phonyoha.+
9 Etsetsang Moabe matshwao a tsela
Etswe ha metse ya hae e fediswa, batho ba hae ba tla baleha.
Batho ba tla tshoha ha ba bona metse ya hae
E se nang baahi.+
10 Ho rohakwe motho ya phethang thomo ya Jehova ka ho se tsotelle,
Ho rohakwe motho ya sa bolayeng ka sabole ya hae.
11 Bamoabe ba nnile ba dula ba iketlile ho tloha botjheng ba bona
Jwalo ka veine eo ditlheferetsi tsa yona di theohetseng tlase.
Ha ba eso ntshwe ka nkgong ebe ba tshelwa ka ho e nngwe,
Ha ba eso ka ba haptjwa.
Ke ka hoo tatso ya bona e sa fetohang
Le monko wa bona o ntseng o tshwana.
12 Jehova o re: ‘Ka hona, matsatsi a a tla ao ka ona ke tla roma banna hore ba ketole Bamoabe. Ba tla ba thulamisa, ba qhale dinkgo tsa bona mme ba pshatle dinkgo tsa bona tse kgolo. 13 Bamoabe ba tla swabela Kemoshe modimo wa bona feela jwalo ka ha ba ntlo ya Iseraele ba swabela medimo ya bona eo ba neng ba e tshepile ha ba le Bethele.+
14 Le se nka kae sebete sa ho re: “Re bahlabani ba matla, re itokiseditse ntwa”?+
Bahlankana ba hae ba matla haholo ba bolailwe,’+
Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho+ o tjho jwalo.
16 Bamoabe ba haufi le ho welwa ke tlokotsi.
Nako ya hore ba we e tla ka potlako.+
Ereng ho bona: ‘Molamu o matla, lere la botle le robilwe hampe hakaakang!’
18 Theoha boemong ba hao bo hlomphehang
Mme o dule fatshe o nyorilwe,* wena moradi ya dulang Dibone+
Hobane ya fedisang Moabe o o futuhetse.
O tla fedisa dibaka tsa hao tse sireleditsweng ka thata.+
19 Ema pela tsela o shebelle ka hloko, wena ya dulang Aroere.+
Botsa monna le mosadi ya balehang o re: ‘Ho etsahetseng?’
20 Moabe o hlabisitswe dihlong ebile o tshohile.
Bokollang le hweletse.
Phatlalatsang Arnone+ hore Moabe o ripitlilwe.
21 Modimo o dihetse kahlolo hodima sebaka se motsitsa.*+ O ahlotse motse wa Holone, Jahaze,+ Mefathe,+ 22 Dibone,+ Nebo+ le Bethe-diblathaime. 23 O boetse o ahlotse Kiriathaime,+ Bethe-gamule, Bethe-meone,+ 24 Keriothe,+ Bozra le metse yohle ya naha ya Moabe, e hole le e haufi.
26 Etsang hore a tahwe+ etswe o ikgohomoseditse Jehova.+
Moabe o pitika mahlatseng a hae
Ebile o a songwa.
27 Na le ne le sa some Iseraele?+
Na o fumanwe hara mashodu
Hore ebe le a mo nyatsa le bile le mo sisinyetsa dihlooho?
28 Tlohang metseng mme le dule mafikeng, lona baahi ba Moabe,
Le be jwalo ka leeba le iketsetsang sehlaha dilomong.’
29 Re utlwile ka boikakaso ba Moabe, o ikgohomosa haholo.
Re utlwile ka boikgantsho ba hae, boikakaso, boikgohomoso le ho iphahamisa ha hae.*+
30 Jehova o re: ‘Ke tseba ka moo a leng bohale ka teng
Empa dipuo tsa hae tse se nang thuso di tla fela.
Ha ho letho leo Bamoabe ba tla le etsa.
31 Ke ka lebaka leo ke tla llela Moabe.
Ke tla bokolla ka lebaka la Bamoabe kaofela,
Ke llele banna ba Kire-hereshe.+
Mahlomela a hao a tlokomang a tshetse lewatle.
A fihlile lewatleng, a fihla Jazere.
Sera se futuhetse+
Ditholwana tsa hao tsa lehlabula le morara wa hao oo o o kotutseng.
Ke entse hore veine e kgaotse ho phalla moo ho tlhotlwang morara ho etsa veine.*
Ha ho ya tla e tlhotla a ntse a hweletsa ke thabo.
Mohoo e ke ke ya eba wa thabo.+
34 Ho na le seboko se hlahang Heshbone,+ se fihla le Eleale.+
Ba a hweletsa, seboko sa bona se fihla Jahaze,+
Seboko se hlahang Zoware se fihla Horonaime+ le Eglathe-shelishia.
Le metsi a Nimrime a tla psha.+
35 Ke tla etsa hore
Motho ya tlisang nyehelo sebakeng se phahameng
Le ya etsetsang modimo wa hae mahlabelo a fele Moabe,’ ke Jehova ya tjhong.
36 ‘Ke ka lebaka leo ke* tla lla jwalo ka lekodilo*+ ke llela Moabe.
Ke tla lla jwalo ka lekodilo ke llela batho ba Kire-hereshe.
Maruo ao a nang le ona a tla fela.
Etswe ke pshatlile Moabe
Jwalo ka nkgo e lahlilweng.
39 O tshohile hakaakang. Bokollang lona baahi ba Moabe.
Moabe o balehile a swabile hakaakang!
Moabe o fetohile ntho e songwang
Le ntho e tshosang ho bohle ba mo potolohileng.’
40 Etswe Jehova o re:
41 Metse e tla haptjwa
Le dibaka tsa hae tse sireleditsweng ka thata di tla haptjwa.
Letsatsing leo, dipelo tsa bahlabani ba Moabe
Di tla tshwana le pelo ya mosadi ya pepang.
43 Tshabo, sekoti le sefi di o emetse,
Wena moahi wa Moabe,’ ke Jehova ya tjhong.
44 ‘Mang kapa mang ya balehang ke letswalo o tla wela ka sekoting.
Mang kapa mang ya nyolohang ka sekoting o tla tshwaswa ke sefi
Ka ha ke tla tlisetsa Moabe kotlo ka selemo seo ke se kgethileng,’ ke Jehova ya tjhong.
45 ‘Ba balehelang Heshbone ho fumana tshireletso, ba ke ke ba fumana thuso
Ka ha mollo o tla tswa Heshbone
Le lelakabe le tswe Sihone.+
Lelakabe leo le tla tjhesa phatla ya Moabe
Le mahata a bahlabani ba ntwa.+
Bara ba hao ba hapuwe
Le baradi ba hao ba hapuwe.+
47 Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Moabe ba hapuweng,’ ke Jehova ya tjhong.
‘Kahlolo ya Moabe e fella mona.’”+
“Na Iseraele ha a na bara?
Na ha a na mojalefa?
Ke hobaneng ha Malkame*+ a hapile Gade?+
Ke hobaneng ha batho ba mo rapelang ba dula metseng ya Iseraele?
2 Jehova o re: ‘Matsatsi a a tla
Ao ka ona ke tla etsa hore mokgosi wa ntwa* o utlwahale Raba+ ya Baamone.+
E tla fetoha qubu ya majwe
Metse e e potolohileng* e tla tjheswa.
Iseraele o tla hapa ba nkileng naha ya hae,’+ ke Jehova ya tjhong.
3 ‘Bokolla, wena Heshbone hobane Ai e sentswe.
Hweletsang, lona metse e itshetlehileng ka Raba.
Aparang masela a hwashang.*
Bokollang le solle masakeng a majwe*
Etswe Malkame o tla haptjwa
Ha mmoho le baprista ba hae le diofisiri tsa hae.+
4 Wena moradi ya sa tshepahaleng, ke hobaneng ha o ithorisa ka dikgohlo,*
Ka phula ya hao e mobu o motle?*
O tshepile matlotlo a hao,
O re: “Ke mang ya tla ntlhasela?”
5 Ke o tlisetsa ntho e tshabehang
E tswang ho bohle ba o potolohileng.
Le tla qhalakanyetswa hohle
Mme ha ho na ya tla bokella ba balehang,’ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.
6 Jehova o boetse o re: ‘Empa ka mora moo ke tla bokella bara ba Baamone ba hapuweng.’”
7 Jehova wa mabotho o re ka Edomo:
“Na ha ho sa na bohlale Temane?+
Na keletso e ntle ha e sa le yo ho ba nang le kutlwisiso?
Na bohlale ba bona bo na le thuso?
8 Kgutlang, le balehe.
Tsamayang le ipate mahaheng, lona baahi ba Dedane.+
Etswe ke tla tlisetsa Esau koduwa
Ha nako ya hore ke mo otle e fihla.
9 Haeba batho ba kotulang morara ba ne ba ka tla ho wena,
Na ba ne ba ke ke ba siya o mong?
Haeba mashodu a ne a ka tla bosiu,
A ne a tla nka dintho tseo a di batlang feela.
10 Empa ke tla hlobodisa Esau hore a sale a sa apara letho.
Ke tla senola dibaka tseo a ipatang ho tsona
E le hore a se ke a kgona ho ipata.
Bana ba hae, bana babo le baahisani ba hae kaofela ba tla bolawa.
Le yena a ke ke a hlola a phela.+
11 Ntshiye le dikgutsana tsa hao.*
Ke tla di sireletsa hore di dule di phela
Mme bahlolohadi ba hao ba tla ntshepa.”
12 Jehova o re: “Haeba ba sa ahlolelwang ho nwa kopi ba tla tlameha ho e nwa, na wena o tla tlohelwa feela ebe ha o fuwe kotlo? O ke ke wa tlohelwa feela yaba ha o fuwe kotlo hobane o tlameha ho e nwa.”+
13 Jehova o re: “Ke hlapantse ka nna hore Bozra o tla fetoha ntho e tshosang,+ o tla nyefolwa, a ripitlwe, a rohakwe mme metse yohle ya hae e tla senyehela ruri.”+
14 Ke utlwile tlaleho e tswang ho Jehova,
Moromuwa o rometswe hara ditjhaba o re:
“Phuthehang mme le mo* futuhele.
Itokisetseng ho lwana.
15 Ke o entse ya se nang thuso hara ditjhaba.
Batho ba o nyatsa haholo.
16 O thetsitswe ke hore ebe batho ba a o tshaba,
Wa thetswa le ke boikgohomoso ba hao,
Wena ya balehelang* lefikeng,
Ya dulang ka hodima thaba.
Le hoja o haha sehlaha sa hao hodimo jwalo ka ntsu,
Ke tla o theola,” ke Jehova ya tjhong.
17 “Edomo o tla fetoha ntho e tshosang.+ E mong le e mong ya fetang pela hae o tla mo makalla, a letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa hae. 18 Ha ho na motho ya tla dula Edomo mme ha ho na motho ya tla phela teng.+ E tla tshwana le Sodoma le Gomora le metse e e potolohileng ka mora hore e fediswe,”+ ke Jehova ya tjhong.
19 “Ho na le motho ya tla futuhela makgulo a sireletsehileng a Edomo jwalo ka tau+ e hlahang meferong e teteaneng pela Jordane mme ka motsotswana ke tla etsa hore ba* balehe naha ya bona. Ke tla beha ya kgethilweng hore a okamele naha ya Edomo. Etswe ke mang ya tshwanang le nna, hona ke mang ya ka nthibang? Ke modisa ofe ya ka nkemang pele?+ 20 Ka hona, utlwang qeto eo Jehova a e entseng ka Edomo le hore na o nahanne ho etsang ka baahi ba Temane:
O tla etsa hore naha ya bona e fediswe ka lebaka la diketso tsa bona.
Jwang kapa jwang dikonyana tsa mohlape di tla hulanngwa.+
21 Ha ba wa, ho tla ba le modumo o tla etsa hore lefatshe le reketle.
Ho na le seboko,
Se utlwahetse ho ya fihla Lewatleng le Lefubedu.+
Letsatsing leo, dipelo tsa bahlabani ba Edomo
Di tla tshwana le pelo ya mosadi ya pepang.”
23 Molaetsa o yang ho Damaseka:+
“Hamathe+ le Arpade ba tshohile.
Ba utlwile tlaleho e mpe.
Ba a shwa ke letswalo.
Lewatle le lwebehlane.
24 Damaseka o nyahame.
O batla ho baleha empa ha a kgone ka lebaka la letswalo.
Mahlomola le bohloko di a mo otla,
O tshwana le mosadi ya pepang.
25 Ho tla jwang hore ebe motse wa thoriso, motse wa thabo,
Ha o a lahlwa kgerehlwa?
26 Etswe bahlankana ba wona ba tla wela diterateng tsa wona
Le masole kaofela a tla shwa letsatsing leo,” ke Jehova wa mabotho ya tjhong.
27 “Ke tla tjhesa lerako la Damaseka.
Ditora tse sireleditsweng ka thata tsa Ben-hadade di tla tjha.”+
28 Jehova o bua ka Kedare+ le mebuso ya Hazore eo Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ileng a e hlasela. O re:
“Emang, le nyolohele Kedare,
Le fedise ba dulang Botjhabela.
29 Ditente tsa bona le mehlape ya bona di tla haptjwa,
Le dintho tsohle tsa bona.
Dikamele tsa bona di tla haptjwa.
Ba tla ba hweletsa ba re: ‘Hohle mona ho a tshosa.’”
30 Jehova o re: “Balehelang hole.
Tsamayang le dule mahaheng, lona baahi ba Hazore
Etswe Morena Nebukadnezare* wa Babilona o le reretse bobe.
O rerile ho le hlasela.
31 Phahamang, le futuhele setjhaba sa batho ba nang le kgotso,
Ba dutseng ba sireletsehile,” ke Jehova ya tjhong.
“Ha ba a sireletswa ka dikeiti kapa ditshepe. Ba dula thoko.
32 Dikamele tsa bona di tla haptjwa
Le mehlape ya bona e tla haptjwa.
Ke tla ba tlisetsa koduwa ho tswa mahlakoreng ohle,” ke Jehova ya tjhong.
33 “Hazore e tla ba selao sa diphokojwe,
E hloke baahi ho ya ho ile.
Ha ho na motho ya tla dula moo.
Ha ho na motho ya tla phela teng.”
34 Ha Morena Tsedekia+ wa Juda a qala ho busa, Jehova o ile a bua le moprofeta Jeremia ka Elame+ a re: 35 “Nna Jehova wa mabotho ke re: ‘Ke roba seqha sa Baelame+ e leng sona se ba matlafatsang. 36 Ke tla tlisa hodima Baelame meya e mene e tswang dikgutlong tse nne tsa lefatshe.* Ke tla ba hasanyetsa hohle. Batho ba Elame ba hasantsweng ba tla fihla ditjhabeng tsohle.’”
37 Jehova o re: “Ke tla etsa hore Baelame ba tshabe dira tsa bona le ba batlang ho ba bolaya. Ke tla tlisetsa Baelame tlokotsi, bohale ba ka bo tukang. Ke tla ba nehella sabole ho fihlela ke ba fedisitse.
38 Ke tla beha terone ya ka Elame+ mme ke fedise morena le diofisiri tsa Elame,” ke Jehova ya tjhong.
39 “Empa matsatsing a qetellang ke tla bokella batho ba Elame ba hapuweng,” ke Jehova ya tjhong.
50 Jehova o ile a roma moprofeta Jeremia hore a bue tjena ka Babilona+ le naha ya Bakalde:
2 “Hasang molaetsa hara ditjhaba mme le o phatlalatse.
Phahamisang letshwao* mme le o phatlalatse.
Le se ke la pata letho.
Ereng: ‘Babilona o hapuwe.+
Modingwana Bele o swabile.+
Modingwana Merodake o tshohile.
Ditshwantsho tsa hae di swabile.
Ditshwantsho tsa hae tse nyonyehang* di tshohile.’
Ha ho ya dulang ho yona.
Ho balehile motho le phoofolo.
Ba tsamaile.”
4 Jehova o re: “Matsatsing ao le nakong eo, batho ba Iseraele le ba Juda ba tla ikopanya.+ Ba tla tsamaya ba ntse ba lla+ mme ba tla batla tataiso ho Jehova Modimo wa bona ba le mmoho.+ 5 Ba tla botsa tsela e yang Sione, difahleho tsa bona di shebile ka nqa eo,+ ba re: ‘Tloong mme re ikopanyeng le Jehova selekaneng se sa feleng se ke keng sa lebalwa.’+ 6 Batho ba ka ba se ba tshwana le mohlape wa dinku tse lahlehileng.+ Badisa ba bona ba ba lahlile.+ Ba ba tsamaisitse dithabeng le maralleng. Batho ba ka ba lebetse sebaka sa bona sa phomolo. 7 Ha dira tsa bona di ba fumana, di ile tsa ba bolaya+ yaba di re: ‘Ha re molato hobane ba sitetswe Jehova. Ba sitetswe Jehova, mohlodi wa ho loka le tshepo ya baholoholo ba bona.’
9 Etswe ke bokella le ho tlisa dihlopha tsa ditjhaba tse kgolo
Tse tswang naheng ya leboya hore di hlasele Babilona.+
Di tla e hlasela di ikentse ngatananngwe.
E tla haptjwa.
Marumo a tsona a tshwana le a mohlabani wa ntwa
A siyang batswadi ba se na bana.+
Ditjhaba tseo ha di kgutle di sa phetha morero.
Bohle ba hapang thepa ho yona ba tla kgotsofala,”+ ke Jehova ya tjhong.
12 Mme wa lona o swabile haholo.+
Mme wa lona ya le tswetseng o swetsehile.
Ke setjhaba se ka tlase ho ditjhaba tsohle,
Ke lehwatata le lefeella le se nang metsi.+
13 Babilona e ke ke ya eba le baahi ka lebaka la kgalefo ya Jehova,+
E tla ba sebaka se se nang letho.+
Mang kapa mang ya fetang pela Babilona o tla e sheba a tshohile,
A letse molodi ka lebaka la dikotlo tsohle tsa yona.+
14 Hlaselang Babilona ka mahlakoreng ohle le ikentse ngatananngwe,
Lona bohle ba tjhehang diqha.
15 Hlabelang Babilona mokgosi wa ntwa ka mahlakoreng ohle.
O inehetse.*
Dipilara tsa hae di wele, marako a hae a heleditswe.+
Etswe Jehova o a iphetetsa.+
Iphetetseng ho Babilona.
Le mo etse ntho eo a e entseng.+
E mong le e mong o tla kgutlela setjhabeng sa habo ka lebaka la sabole e kgopo,
E mong le e mong o tla balehela naheng ya habo.+
17 Baiseraele ke dinku tse hlahlathetseng.+ Ditau di ba qhalakantse.+ Morena wa Asiria o ba timeditse+ yaba Morena Nebukadnezare* wa Babilona yena o phuphura masapo a bona.+ 18 Ka hona, Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla sebetsana le morena wa Babilona le naha ya hae ka tsela e tshwanang le eo ke ileng ka sebetsana le morena wa Asiria ka yona.+ 19 Ke tla kgutlisetsa Iseraele lekgulong la hae+ mme o tla fulela Karmele le Bashane.+ O tla kgotsofala dithabeng tsa Efraime+ le Gileade.’”
20 Jehova o re: “Matsatsing ao le ka nako eo,
Molato wa Iseraele o tla batlwa
Empa ho ke ke ha fumanwa letho.
Dibe tsa Juda di tla batlwa empa di ke ke tsa fumanwa
Etswe ke tla tshwarela bao ke ba tlohetseng ba ntse ba phela.”+
21 Jehova o re: “Futuhelang naha ya Merathaime mme le futuhele baahi ba Pekode.+
Le ba rinye, le ba bolaye,
Le etse dintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.
22 Ho na le modumo wa ntwa naheng,
Ho na le koduwa e kgolo.
23 Hamore e thuhang ditjhaba tsohle tsa lefatshe e kgaotswe mme e robehile.+
Babilona e fetohile ntho e tshosang hakaakang hara ditjhaba.+
24 Wena Babilona, ke o tjhehetse leraba mme o tshwasehile
Empa ha o a ka wa hlokomela.
O fumanwe mme wa tshwarwa+
Etswe Jehova ke yena eo o mo hanyeditseng.
25 Jehova o butse ka moo a bolokelang dibetsa ka teng.
O ntsha dibetsa tsa bohale ba hae+
Hobane Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho o na le mosebetsi
Naheng ya Bakalde.
26 Hlaselang Babilona ho tswa dibakeng tse holehole.+
Bulang mediko ya hae.+
E se eka a ke ke a ba le ba setseng.
27 Rinyang dipohwana tsohle tsa hae.+
E se eka di ka hlajwa.
Di madimabe etswe letsatsi la tsona le fihlile
E leng nako ya hore di ahlolwe.
28 Ho utlwahala seboko sa batho ba balehang,
Ba balehang naheng ya Babilona
Hore ba phatlalatse ba le Sione hore Jehova Modimo wa rona o a iphetetsa,
O iphetetsa bakeng sa tempele ya hae.+
Hlomang ditente ho mo potoloha, le se ke la tlohela mang kapa mang hore a phonyohe.
Mo feng moputso o loketseng bakeng sa mosebetsi wa hae.+
Mo etseng dintho tsohle tseo a di entseng.+
O ikgohomoseditse Jehova,
O ikgohomoseditse Mohalaledi wa Iseraele.+
30 Ka hona, bahlankana ba hae ba tla shwa diterateng tsa hae+
Le masole ohle a hae a tla bolawa* letsatsing leo,” ke Jehova ya tjhong.
31 “Wena moikgohomosi,+ ke kgahlanong le wena,”+ ke Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ya tjhong.
“Etswe letsatsi la hao, nako eo ke tla o ahlola ka yona, e tla tla.
Ke tla tjhesa metse ya hao.
Mollo o tla tjhesa ntho e nngwe le e nngwe e o potolohileng.”
33 Jehova wa mabotho o re:
“Batho ba Iseraele le Juda ba hateletswe,
Bohle ba ba hapileng ba ba tshwere.+
Ba hanne ho ba lokolla.+
34 Empa Molopolli wa bona o matla.+
Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho.+
Ruri o tla buella nyewe ya batho ba hae+
E le hore a tlise kgotso naheng+
A be a ferekanye baahi ba Babilona.”+
35 Jehova o re: “Bakalde ba tla bolawa ka sabole,
Baahi ba Babilona, diofisiri tsa yona le batho ba yona ba bohlale ba tla bolawa ka sabole.+
36 Sabole e tla tlela ba buang dintho tse se nang thuso* mme ba ke ke ba tseba hore na ba etseng.
Sabole e tla tlela bahlabani ba Babilona mme ba tla tshoha.+
37 Dipere tsa bona le dikariki tsa bona tsa ntwa di tla fediswa ka sabole
Ha mmoho le ditjhaba tse Babilona tse tswakaneng.
Di tla tshoha jwalo ka basadi.+
Matlotlo a yona a tla fediswa ka sabole mme a tla haptjwa.+
38 Metsi a yona a madimabe hobane a tla psha.+
Etswe ke naha ya ditshwantsho tse betlilweng.+
Ba ntse ba itshwara jwalo ka mahlanya ka lebaka la dipono tsa bona tse tshosang.
39 Ka hona, diphoofolo tse dulang lehwatateng di tla dula mmoho le diphokojwe*
Mme dimpshe di tla dula Babilona.+
Ha e sa tla hlola e eba le baahi.
Ho ke ke ha hlola ho eba le moloko o dulang teng.”+
40 Jehova o re: “Ha ho na motho ya tla dula Babilona mme ha ho na motho ya tla phela teng.+ E tla tshwana le Sodoma le Gomora+ le metse e e potolohileng+ ka mora hore Modimo a e fedise.
41 Setjhaba se tla se tswa leboya.
42 Setjhaba seo se hlometse ka diqha le marumo.+
Se kgopo mme ha se na mohau.+
Se tla se palame dipere
Mme modumo wa sona ekare wa lewatle le lwebehlanang.+
Wena moradi wa Babilona, se o hlasela se ikentse ngatananngwe.+
O utlwile bohloko,
Bohloko bo kang ba mosadi ya pepang.
44 Ho na le motho ya tla futuhela makgulo a sireletsehileng a Babilona jwalo ka tau e hlahang meferong e teteaneng pela Jordane mme ka motsotswana ke tla etsa hore ba* balehe naha ya bona. Ke tla beha ya kgethilweng hore a okamele naha ya Babilona.+ Etswe ke mang ya tshwanang le nna, hona ke mang ya ka nthibang? Ke modisa ofe ya ka nkemang pele?+ 45 Ka hona, utlwang qeto eo Jehova a e entseng ka Babilona+ le hore na o nahanne ho etsang ka naha ya Bakalde.
O tla etsa hore naha ya bona e fediswe ka lebaka la diketso tsa bona.+
Jwang kapa jwang dikonyana tsa mohlape di tla hulanngwa.
46 Ha Babilona e haptjwa, ho tla utlwahala lerata mme lefatshe le tla reketla.
Ho tla utlwahala seboko hara ditjhaba.”+
51 Jehova o re:
2 Ke tla roma baolosi Babilona.
Ba tla mo olosa mme ba siye naha ya hae e se na letho.
Ba tla mo futuhela ka mahlakore ohle letsatsing la tlokotsi.+
3 Motho ya lwanang ka seqha a se ke a se sebedisa.*
Ho se ke ha eba le ya emang a apere seaparo sa hae se entsweng ka tshepe.
Le se ke la qenehela bahlankana ba hae.+
Fedisang masole ohle a hae.
5 Etswe Iseraele le Juda ha ba a arohanngwa le Modimo wa bona, Jehova wa mabotho.+
Empa naha ya bona* e molato ponong ya Mohalaledi wa Iseraele.
6 Balehang Babilona,
Le pholose bophelo ba lona+
E le hore le se ke la fediswa ka lebaka la phoso ya hae.
Ena ke nako ya hore Jehova a iphetetse.
O buseletsa Babilona dintho tseo a di entseng.+
7 Babilona e nnile ya eba kopi ya kgauta letsohong la Jehova,
O tahile lefatshe lohle.
Ditjhaba di tahilwe ke veine ya hae.+
Ke ka lebaka leo di hlanyang.+
8 Babilona o wele ka tshohanyetso mme o robehile.+
Mo lleleng.+
Mo batleleng balsame bakeng sa bohloko ba hae, mohlomong o tla fola.
9 Re lekile ho fodisa Babilona empa ha a a fola.
A re mo tloheleng re tsamaye, e mong le e mong a ye naheng ya habo.+
Etswe kahlolo ya hae e fihlile mahodimong,
E phahame jwalo ka maru.+
10 Jehova o re tliseditse toka.+
Tloong, a re boleleng mesebetsi ya Jehova Modimo wa rona Sione.+
11 Leotsang marumo.+ Nkang dithebe.*
Jehova o a iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ya hae.
12 Phahamisang letshwao*+ hore le dihe marako a Babilona.
Eketsang balebedi, behang masole a katang.
Hlophang ba tla lalla Bababilona.
Jehova o entse leqheka,
O tla etsa baahi ba Babilona seo a itseng o tla se etsa.+
13 Wena mosadi ya dulang metsing a mangata,+
Wena ya nang le maruo a mangata,+
Ho fedile ka wena le maruo ao o a bokeletseng.+
14 Jehova wa mabotho o hlapantse ka lebitso la hae a re:
‘Ke tla tlisa batho ba bangata ho wena, ba tla ba bangata jwalo ka ditsie.
Ba tla hweletsa ba thabile hobane ba o hlotse.’+
16 Lentswe la hae le etsa hore
Metsi a mahodimong a lwebehlane,
O etsa hore maru* a nyolohe ho tswa dikgutlong tsa lefatshe.
17 Motho e mong le e mong o etsa dintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo.
Motho e mong le e mong ya sebetsang ka tshepe o tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la setshwantsho se betlilweng+
Etswe ditshwantsho* tsa hae tse entsweng ka tshepe di a thetsa
18 Ha di na thuso,+ di lokelwa ke ho songwa.
Ha letsatsi la kahlolo le fihla, di tla timela.
19 Empa Modimo wa Jakobo ha a tshwane le dintho tsena.
Ke yena ya entseng ntho e nngwe le e nngwe
Le lere la lefa la hae.+
Lebitso la hae ke Jehova wa mabotho.+
20 O molangwana wa ka, sebetsa sa ntwa.
Ke tla thuha ditjhaba ka wena.
Ke tla fedisa mebuso ka wena.
21 Ke tla robakanya pere le mopalami wa yona ka wena,
Ke robakanye kariki ya ntwa le mopalami wa yona ka wena.
22 Ke tla robakanya monna le mosadi ka wena,
Ke robakanye ntatemoholo le moshanyana ka wena,
Ke robakanye le mohlankana le morwetsana ka wena.
23 Ke tla robakanya modisa le mohlape wa hae ka wena,
Ke robakanye sehwai le mehlape ya hae ka wena,
Ke boele ke robakanye babusi le batlatsi ba babusi ka wena.
24 Ke tla buseletsa Babilona le baahi bohle ba Kalde
Bakeng sa bokgopo bohle boo ba bo entseng Sione ka pela mahlo a lona,”+ ke Jehova ya tjhong.
Ke tla otlolla letsoho ke o hlasele mme ke o dihe mafikeng,
Ke o etse thaba e tjhesitsweng.”
26 Jehova o re: “Batho ba ke ke ba nka lejwe la sekgutlo kapa lejwe la motheo ho wena
Hobane o tla dula o se na baahi ho ya ho ile.+
27 Phahamisang letshwao* naheng.+
Letsang lenaka hara ditjhaba.
Kgethang* ditjhaba tse tla lwantsha Babilona.
Mo bitsetseng mebuso ya Ararate,+ Mini le Ashkenaze.+
Laelang ofisiri ya sesole hore e mo lwantshe.
Nyollang dipere jwalo ka ditsie tse ngata.
28 Kgethang* ditjhaba hore di mo hlasele
Le marena a Media,+ babusi ba yona, batlatsi bohle ba babusi ba yona
Le dinaha tsohle tse pusong ya bona.
29 Lefatshe le tla reketla le thothomele
Etswe Jehova o tla phethahatsa dintho tseo a di rerileng ka Babilona,
A etse hore naha ya Babilona e be ntho e tshosang e se nang baahi.+
30 Bahlabani ba Babilona ba kgaoditse ho lwana.
Ba dutse dibakeng tsa bona tse sireleditsweng ka thata.
Matlo a yona a tjhesitswe.
Mekwallo ya yona e robehile.+
31 Moromuwa o kopana le moromuwa e mong
Le motlalehi o kopana le motlalehi e mong
Ha ba yo tlalehela morena wa Babilona hore motse wa hae o hapuwe kaofela+
Hore dikepe tsa lodi di tjhesitswe
Le hore masole a tshohile.”
33 Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re:
“Moradi wa Babilona o tshwana le seotlo.
Ke nako ya ho mo hatakela.
Haufinyane nako ya kotulo e tla mo fihlela.
34 Morena Nebukadnezare* wa Babilona o nkwentse.*+
O mpherekantse.
O mpehile jwalo ka sejana se se nang letho.
O nkwentse jwalo ka noha e kgolo.+
O tlatsitse mpa ya hae ka dintho tsa ka tse monate.
O ntahletse kwana.
35 Mosadi ya dulang Sione o re: ‘Babilona a ke a tswe maqeba ao ke a ntshitsweng.’+
Jerusalema o re: ‘Baahi ba Kalde ba ke ba be molato wa tshollo ya madi a ka.’”
36 Ka hona Jehova o re:
Ke tla pshesa lewatle la hae, ke pshese didiba tsa hae.+
37 Babilona o tla fetoha diqubu tsa majwe,+
Selao sa diphokojwe,+
Ntho e tshosang e bileng e letsetswang molodi,
E se nang baahi.+
38 Kaofela ba* tla puruma jwalo ka ditau tse matla.
Ba tla rora jwalo ka ditawana.”
39 Jehova o re: “Ha ba futhumetse, ke tla ba etsetsa mokete mme ke tla ba tahisa
E le hore ba thabe.+
Jwale ba tla roballa ruri
Mme ba ke ke ba tsoha.+
41 Bonang ka moo Sheshake* e hapuweng ka teng+
Le ka moo ba hapileng motse o neng o roriswa ke lefatshe lohle ka teng.+
Babilona e fetohile ntho e tshosang haholo hara ditjhaba.
42 Lewatle le nyolohetse Babilona.
Le mo kwahetse ka maqhubu a lona.
43 Metse ya hae e fetohile ntho e tshosang, lehwatata, naha e se nang metsi.
E fetohile naha eo ho se nang motho ya tla dula ho yona le ya tla feta ho yona.+
Ditjhaba ha di sa tla hlola di phallela ho wona
Le lerako la Babilona le tla wa.+
45 Tswang ho yena, setjhaba sa ka.+
Balehang le tle le pholohe+ bohale bo tukang ba Jehova.+
46 Le se ke la ba boi kapa la tshoswa ke tlaleho e tla utlwahala naheng.
Ka selemo se seng tlaleho eo e tla tla
Ebe selemong se latelang ho tla tlaleho e nngwe
Ya ntwa lefatsheng le ya babusi ba lwantshanang.
47 Ka hona, matsatsi a a tla
Ao ka ona ke tla fedisa ditshwantsho tse betlilweng tsa Babilona.
Naha yohle ya hae e tla tlotlollwa.
Batho bohle ba hae ba bolailweng ba tla rapalla hohle Babilona.+
48 Mahodimo le lefatshe le tsohle tse ho tsona
Di tla hweletsa di thabile ha Babilona a wa,+
Etswe ba tlo mo fedisa ba tla tla ho yena ba tswa leboya,”+ ke Jehova ya tjhong.
49 “Babilona ha a bolaya batho ba tswang Iseraele feela+
Empa le batho ba tswang lefatsheng lohle ba shweletse Babilona.
50 Lona ba phonyohileng sabole, le nne le tsamaye, le se ke la ema.+
Lona ba hole, hopolang Jehova.
E se eka le ka hopola Jerusalema.+
51 Re tlotlolotswe, re utlwile mantswe a re nyefolang.
52 Jehova o re: “Ka hona, matsatsi a a tla,
Ao ka ona ke tla fedisa ditshwantsho tse betlilweng tsa Babilona
Mme naheng yohle ya hae batho ba tswileng dikotsi ba tla bobola.”+
53 Jehova o re: “Esita le haeba Babilona a ka nyolohela mahodimong+
Le haeba a ka tiisa dibaka tsa hae tse sireleditsweng ka thata,
Ke tla tlisa batho ba tlo mo fedisa.+
54 Utlwang. Ho na le seboko Babilona,+
Modumo wa koduwa e mpe e tswang naheng ya Bakalde,+
55 Jehova o fedisa Babilona.
O tla thodisa lentswe la hae le leholo,
Lerata le etswang ke dira tsa hae le tla tshwana le la maqhubu a lewatle.
Modumo wa lentswe la tsona o tla utlwahala.
56 Ya timetsang o tla tla Babilona.+
Bahlabani ba hae ba tla haptjwa.+
Diqha tsa bona di tla robakanngwa
Etswe Jehova ke Modimo wa phetetso.+
O tla fela a iphetetse.+
57 Ke tla tahisa diofisiri tsa hae le banna ba hae ba bohlale,+
Babusi ba hae, batlatsi ba babusi ba hae le bahlabani ba hae.
Ba tla roballa ruri
Mme ba ke ke ba tsoha,”+ Morena, eo lebitso la hae e leng Jehova wa mabotho ke yena ya tjhong.
58 Jehova wa mabotho o re:
“Le hoja lerako la Babilona le le sephara, le tla heletswa,+
Le hoja dikeiti tsa hae di phahame, di tla tjheswa ka mollo.
Batho ba tla sehlela lefeela.
Ditjhaba di tla sebetsa ka thata hore feela di beseletse mollo.”+
59 Ena ke taelo eo moprofeta Jeremia a ileng a e fa mora wa Neria+ e leng Seraia setloholo sa Mahaseia. O mo file taelo ena ha a ne a ya Babilona le Morena Tsedekia wa Juda ka selemo sa bone sa puso ya hae. Seraia e ne e le mohlokomedi wa lebotho la ntwa. 60 Jeremia a ngola ka tlokotsi yohle e neng e tla tlela Babilona bukeng, mantswe ana ohle a ngotsweng ka Babilona. 61 Ho feta moo, Jeremia a re ho Seraia: “Ha o fihla Babilona, o balle mantswe ana ohle hodimo. 62 Ebe o re: ‘Jehova, o itse motse ona o tla fediswa, ha ho motho ya tla dula teng kapa phoofolo e tla dula ho wona ebile o tla fetoha sebaka se se nang letho ho ya ho ile.’+ 63 Ha o qetile ho bala buka ena, o e tlamelle lejweng ebe o e lahlela bohareng ba Noka ya Eufrate. 64 Ka mora moo o re: ‘Babilona e tla teba tjena mme e ke ke ya hlola e phahama+ ka lebaka la tlokotsi eo Modimo a e tlisetsang yona. Baahi ba yona ba tla kgathala.’”+
Mantswe a Jeremia a fella mona.
52 Tsedekia+ o ne a le dilemo di 21 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11. Lebitso la mme wa hae e ne e le Hamutale+ moradi wa Jeremia wa Libna. 2 Tsedekia o ile a etsa dintho tsohle tseo Jojakime a di entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 3 Dintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba di etsa di ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pela mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena wa Babilona.+ 4 Ka la leshome kgweding ya leshome ha Morena Tsedekia a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare* wa Babilona a tla le masole ohle a hae mme a hlasela Jerusalema. Ba hloma ditente pela yona mme ba haha lerako le e potapotileng ka hohle ho e thibella.+ 5 Ka hoo, motse wa thibellwa ho fihlela Morena Tsedekia a ena le dilemo tse 11 a busa.
6 Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone,+ ho ile ha eba le tlala e kgolo motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+ 7 Qetellong lerako la motse la heletswa mme masole ohle a baleha motseng bosiu. A tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi e haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. A nna a baleha ka tsela ya Araba.+ 8 Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a fumana Tsedekia+ lehwatateng la Jeriko. Masole ohle a hae a ne a balehile. 9 A tshwara Morena Tsedekia a mo tlisa Ribla ho morena wa Babilona naheng ya Hamathe yaba o a mo ahlola. 10 Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae. A bolaela le dikgosana tsohle tsa Juda Ribla. 11 Ka mora moo, morena wa Babilona a foufatsa Tsedekia,+ a mo tlama ka diketane tsa koporo, a mo tlisa Babilona mme a mo kwalla ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
12 Ka letsatsi la leshome kgweding ya bohlano, e leng ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ena le dilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane mookamedi wa balebedi ebile e le mohlokomedi wa morena wa Babilona, a tla Jerusalema.+ 13 A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena* le matlo ohle a Jerusalema. A boela a tjhesa matlo ohle a maholo. 14 Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+
15 Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuweng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena wa Babilona le ba bang kaofela bao e leng ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho.+ 16 Empa Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a siya ba bang ba batho ba futsanehileng ka ho fetisisa hore ba sebetse e le balemi ba morara le dihwai tse sebediswang ka thata.+
17 Bakalde ba pshatla dipilara tsa koporo+ tse neng di le ntlong ya Jehova, diteroli+ le Tanka* ya koporo,+ tse neng di le ka tlung ya Jehova mme ba isa koporo eo yohle Babilona.+ 18 Ba nka le dinkgo, dikgarafu, dintho tse timang mollo, dikotlolo,+ dikopi+ le dintho tsohle tse neng di sebediswa tempeleng tse entsweng ka koporo. 19 Mookamedi wa balebedi a nka dibeisine,+ dipane tsa mollo, dikotlolo, dinkgo, didulwana tsa lebone,+ dikopi le dikotlolo tse entsweng ka kgauta ya nnete le silevera ya nnete.+ 20 Koporo ya dipilara tse pedi, Tanka,* ya dipoho tse 12 tsa koporo+ tse neng di le tlasa Tanka le ya diteroli tseo Solomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa kgonehe hore e methwe.
21 Ha e le dipilara, pilara ka nngwe e ne e le bophahamo ba dimithara tse robedi,* e ne e ka faswa ka kgwele e bolelele ba dimithara tse ka hodimonyana ho tse hlano,*+ botenya ba yona e ne e le bophara ba disenthimithara tse ka bang supa* hape e ne e le sekoti. 22 Hlooho ya pilara e ne e le ya koporo, bophahamo ba hlooho eo e ne e le dimithara tse ka hodimonyana ho tse pedi.*+ Letanta* le dikgarenate tse neng di kgabisitse hlooho di ne di entswe ka koporo. Pilara ya bobedi e ne e tshwana le pilara ya pele le dikgarenate di ne di tshwana. 23 Ho ne ho ena le dikgarenate tse 96 ka mahlakoreng. Dikgarenate tsohle tse neng di potolohile letanta di ne di le 100.+
24 Mookamedi wa balebedi a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista wa bobedi le balebedi ba bararo ba monyako.+ 25 A boela a nka mookamedi a le mong wa lekgotla eo e neng e le mookamedi wa masole, metswalle e supileng ya Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongodi wa mookamedi wa masole ya neng a bokella masole ha a ya ntweng le banna ba 60 ba ileng ba fumanwa motseng. 26 Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a ba nka mme a ba isa Ribla ho morena wa Babilona. 27 Morena wa Babilona a ba bolaela Ribla+ naheng ya Hamathe. Yaba Bajuda ba tloswa naheng ya bona ba a haptjwa.+
28 Bana ke batho bao Nebukadnezare* a ba hapileng: Ka selemo sa bosupa sa puso ya hae, a hapa Bajuda ba 3 023.+
29 Ka selemo sa bo18 sa puso ya Nebukadnezare,*+ batho ba 832 ba ile ba tloswa Jerusalema.
30 Ka selemo sa bo23 sa puso ya Nebukadnezare,* Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a hapa Bajuda ba 745.+
Batho bohle ba neng ba hapuwe ba ne ba le 4 600.
31 Ka selemo sa bo37 Morena Jojakine+ wa Juda a hapuwe, ka letsatsi la bo25 kgoeding ya bo12, Morena Evile-merodake wa Babilona a hauhela* Morena Jojakine wa Juda mme a mo ntsha teronkong selemong seo e bileng morena ka sona.+ 32 O ile a mo tshwara hantle mme a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuwe le yena Babilona. 33 Jojakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara teronkong, a jella tafoleng ya morena ka mehla bophelo bohle ba hae. 34 O ne a dula a fuwa dijo tse tswang ho morena wa Babilona letsatsi le leng le le leng, bophelo bohle ba hae ho fihlela letsatsing la lefu la hae.
Mohlomong le bolela “Jehova o a Phahamisa.”
Kapa: “kgethile.”
Kapa: “qolla.”
Ka Seheberu: “pele o tswa ka popelong.”
Kapa: “motjha.”
Kapa: “Ke o boleletse hore na o reng.”
Ka Seheberu: “ya tsohileng.”
Kapa: “pitsa e kgolo.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “itlama letheka.”
Kapa: “lerato.”
Ka Seheberu: “Jehova o hokae.”
Kapa: “naheng ya serapa sa difate tsa ditholwana.”
Kapa: “lefa.”
Ka Seheberu: “Jehova o hokae?”
Kapa: “dibakeng tse lebopong la lewatle.”
Mohlomong letlapeng.
Kapa: “Memfise.”
E leng nokana e tswang Nokeng ya Nile.
Ho buuwa ka carbonate of soda.
Ka Seheberu: “kgwedi.”
Kapa: “medimo esele.”
Kapa: “mabanta a lenyalo?”
Ka Seheberu: “Moarabia.”
Ka Seheberu: “o phatla e kang ya.”
Ka Seheberu: “sosobanyetsa sefahleho.”
Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.
Kapa: “medimo esele.”
Kapa mohlomong: “monna.”
Ka Seheberu: “ya pelo ya ka.”
Kapa mohlomong: “ba le tsamaise ka.”
Ka Seheberu: “mabotho a ditjhaba.”
Ho buuwa ka Baale.
Kapa: “ditshwantsho tsa hao.”
E leng Jehova.
Kapa: “palo.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le ikotle difubeng.”
Kapa: “o tla fellwa ke sebete.”
Mokgabopuo wa mothofatso, o o mohlomong o bontshang kgauho kapa kutlwelobohloko.
Balebedi ba shebileng motse e le ho bona hore na ba ka o hlasela neng.
Ka Seheberu: “Mala a ka.”
Ka Seheberu: “marakong a pelo ya ka.”
Kapa mohlomong: “Mohoo wa batho ba hlaselang.”
Kapa: “palo.”
Kapa: “ka ikwahlaya.”
Kapa mohlomong: “ya kulang.”
Ka Seheberu: “ha ba a ka ba fokola.”
Ka Seheberu: “difahleho.”
Ka Seheberu: “tsela.”
Ka Seheberu: “tsela.”
Ka Seheberu: “marapo.”
Kapa mohlomong: “Ha a yo.”
E leng molomo wa Jeremia.
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Kapa: “ba dipelo di manganga ebile di tletse borabele.”
Ka Seheberu: “dibeke tse kgethilweng tsa kotulo.”
Kapa: “Motse wa Sione.”
Ka Seheberu: “Ditsebe tsa bona ha di a bolla.”
Ka Seheberu: “ba atetsweng ke matsatsi.”
Kapa: “taelo.”
Lehlaka le nkgang ha monate.
Kapa: “Matsoho a rona a a tepella.”
Sheba Tlhaloso.
E leng Jeremia.
Ho buuwa ka mehaho yohle ya tempele.
Kapa: “bana ba se nang bontate.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ke bua.”
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Kapa: “halefisang; phephetsang.”
Kapa: “merero.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng letsatsi le leng le le leng mme ke ba romela.”
Ka Seheberu: “ba sataladitse melala.”
Ka Seheberu: “bo kgaotswe melomong ya bona.”
Kapa: “moriri o sa kutwang; wa boinehelo.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Kapa: “ho seng mohla e kileng ya fihla pelong ya ka.”
Sheba Tlhaloso, “Gehena.”
Kapa mohlomong: “motlathomo.”
Kapa: “ho falla.”
Kapa: “taelo.”
Kapa: “difeiga.”
Kapa: “upellwa.”
Kapa: “setlolo se fodisang.”
Kapa: “mofodisi.”
Ho hlwekisa tshepe ka ho e qhibidihisa mollong.
Ka Seheberu: “o a mo lalla.”
Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ditlhafunelong.”
Ka Seheberu: “bolla.”
Temana ya 11 e ne e ngotswe ka Searame.
Kapa: “kutlwisiso.”
Kapa: “mohodi.”
Kapa mohlomong: “mekwallo ya metsi.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “diemahale.”
Kapa: “phefumoloho.”
E leng Jerusalema.
Kapa: “tjekeletsa.”
Kapa: “robeha.”
E leng moo diphokojwe di dulang.
Ho bonahala hore mona ho ne ho buuwa le Jeremia.
Kapa: “Ha ho be jwalo.”
Ka Seheberu: “Ke tsoha hoseng ke eletsa.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
E leng Jeremia.
E leng mahlabelo a etsetswang tempeleng.
E leng Juda.
Ka Seheberu: “diphio.”
Ka Seheberu: “diphio,” e leng menahano le maikutlo a bona.
Ho bonahala eka mona Modimo o bua le Jeremia.
Kapa: “e mathebatheba.”
Kapa mohlomong: “E a lla.”
Ka Seheberu: “nama le ha e le efe.”
Kapa: “mofumahadi.”
Kapa: “di etseditswe thibella.”
Kapa: “Moethiopia.”
Ho buuwa le Jerusalema.
Kapa: “batho ba maemo a tlase.”
Kapa: “diforong.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “mashano a dipelo tsa bona.”
Kapa: “ditshwantsho tse rapelwang.”
Kapa mohlomong: “mefuta e mene ya dikahlolo.” Ka Seheberu: “malapa a mane.”
Kapa mohlomong: “O ntse o tsamaya ka santhao.”
Kapa: “ho ikutlwa ke swabile.”
Kapa mohlomong: “Letsatsi la hae le swabile le bile le tlotlolohile.”
Ho bonahala eka mona ho buuwa le setjhaba sa Juda.
Ka Seheberu: “o a ntlosa.”
Ka Seheberu: “Mantswe a hao a ile a fumanwa yaba ke a a ja.”
Kapa: “O ntlatsitse ka molaetsa wa nyatso.”
Kapa: “O tla ba molomo wa ka.”
Dintho tseo bahetene ba neng ba di etsa ha ba hlokahalletswe, tseo ho bonahalang hore di ne di etswa ke Baiseraele ba bakwenehi.
Ka Seheberu: “ditsela tsa bona.”
Ka Seheberu: “ditopo tsa ditshwantsho tsa bona.”
Kapa: “lefa la leshano.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “o hoteditswe jwalo ka mollo bohaleng ba ka.”
Kapa: “monna ya matla.”
Ka Seheberu: “Ya etsang nama letsoho la hae.”
Kapa: “monna ya matla.”
Kapa mohlomong: “e ke ke ya phekolwa.”
Ka Seheberu: “diphio.”
Kapa: “ka ho hloka toka.”
Ka Seheberu: “Ba nkwenehelang.” Ekare ya kwenehelwang ke Jehova.
Kapa: “ba fedise ka tshenyo e fetang eo habedi.”
Ka Seheberu: “ba satalatsa melala ya bona.”
Kapa: “borwa.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “jwalo ka ha ho ne ho bonahala ho nepahetse mahlong a sebopi hore se etse jwalo.”
Kapa: “ke tla ikutlwa ke swabile.”
Kapa: “ke tla ikutlwa ke swabile.”
Ka Seheberu: “etsa.”
Kapa: “mosi wa sehlabelo.”
Kapa: “tse sa hahwang hantle.”
Ka Seheberu: “Ke tla ba bontsha mokokotlo, eseng sefahleho.”
Kapa: “tataiso.”
Ka Seheberu: “re mo otle ka leleme.”
Kapa: “matla a sabole.”
Ka Seheberu: “Keiting ya Mangeta.”
Kapa: “ho seng mohla e kileng ya fihla pelong ya ka.”
Ka Seheberu: “ba sataladitse melala hore ba se ke ba.”
Ka Seheberu: “diphio.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “thepa e hapuweng.”
Ka Seheberu: “ke tjametse motse ona bakeng sa.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ngwana ya se nang ntate.”
O boetse o bitswa Joakaze.
Ho bonahala taelo ena e ne e fuwa Jerusalema.
O boetse o bitswa Jojakine le Jekonia.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Wena lefatshe, lefatshe, lefatshe.”
Ka Seheberu: “matsatsing a hae.”
Kapa: “lehlomela.”
Kapa: “naheng.”
Ka Seheberu: “Masapo a ka.”
Kapa: “batho ba sa tshepahalleng Modimo.”
Kapa: “mphetohetse.”
Ka Seheberu: “tiisa matsoho a.”
Kapa: “Ba le tshepisa lefeela.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “difeiga.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
O boetse o bitswa Jojakine le Konia.
Kapa mohlomong: “dihahi tsa lerako le sireletsang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa mohlomong: “ho.”
Ka Seheberu: “Yaba ke tsoha hoseng mme ke a bua.”
Ka Seheberu: “a tsoha hoseng mme a ba romela.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “bitsa morena wa Babilona le setjhaba seo hore ba ikarabelle.”
Kapa: “ditlhafunelong.”
Ho bonahala hore Sheshake ke lebitso le leng la Babele (Babilona).
Kapa: “malebana le.”
Kapa: “inama.”
Kapa: “ikutlwa ke swabile.”
Kapa: “taelo.”
Ka Seheberu: “bao ke tsohileng hoseng ke ba romela.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “ikutlwa a swabile.”
Ka Seheberu: “ka lebitso la.”
Ka Seheberu: “thaba ya Ntlo.”
Kapa: “dibaka tse phahameng tse morung.”
Kapa: “ikutlwa a swabile.”
Kapa: “Tsedekia,” ho latela meqolo e meng ya kgale.
Ka Seheberu: “otlolohileng.”
Ka Seheberu: “ya lokileng mahlong a ka.”
Ka Seheberu: “phomola.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “Ha ho be jwalo.”
Kapa: “mofumahadi.”
Kapa mohlomong: “dihahi tsa marako a tshireletso.”
Kapa: “difeiga.”
Kapa mohlomong: “tse butswitseng haholo.”
Ka Seheberu: “ke neng ke tsoha hoseng mme ke ba roma.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu ho na le mantswe a mabedi. Ho bonahala eka le leng ke “ditlamo tsa maoto”, le leng lona ke “ditlamo tsa matsoho le hlooho.”
Kapa: “thekeng.”
Ka Seheberu: “le leholo.”
Kapa: “basele.”
Kapa: “mo.”
Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”
Kapa mohlomong: “etsa hore ba hlomphehe.”
Ka Seheberu: “ya faneng ka pelo ya hae e le tiiso.”
Kapa: “O tjeke le ba tshehang.”
Kapa: “lopolle.”
E leng Baiseraele.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “monono.”
Kapa: “otla serope sa ka.”
Ka Seheberu: “mala a ka a dubehileng ka lebaka la hae.”
Kapa mohlomong: “monna wa bona.”
Kapa: “Phula.”
Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “phaleising.”
E leng ngwanabo ntate wa hao.
E leng ngwanabo Ntate.
Ka Seheberu: “dishekele tse supileng.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “le otlolohileng.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng ke ruta.”
Sheba Tlhaloso ya Gehena.
Kapa: “Ha ho mohla ho kileng ha fihla pelong ya ka.”
Sheba Tlhaloso.
E leng metse e seng dithabeng.
E leng metse e seng dithabeng.
Ka Seheberu: “lehlomela.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “makgotla a mahodimo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “ditaelo.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Kajeno.”
Ke ntho e neng e etswa mehleng ya kgale ho tiisa selekane.
Kapa: “mepotjwana.”
Ka Seheberu: “Jonadabe,” kgutsufatso ya lebitso la Jehonadabe.
Ka Seheberu: “Jonadabe,” kgutsufatso ya lebitso la Jehonadabe.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng mme ke bua.”
Ka Seheberu: “bao ke tsohileng hoseng ke ba romela.”
Ka Seheberu: “Jonadabe,” kgutsufatso ya lebitso la Jehonadabe.
Kapa: “buka.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “mongodi.”
Kapa: “bukeng.”
Kapa: “phaleising.”
Kapa: “Diofisiri tsohle tsa lekgotla.”
Kapa: “buka.”
Kapa: “bukeng.”
Ho tloha mahareng a November ho ya fihla mahareng a December. Sheba Ntlha ya B15.
Mohlomong e ne e se mora empa e le setho feela sa lelapa la boreneng.
Ka Seheberu: “A ke ke a ba le ya tla dula.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “buka.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
O boetse o bitswa Jojakine le Jekonia.
Ka Seheberu: “ka tlung ya sediba.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “ya yang.”
Kapa: “bophelo ba hae e tla ba wona moputso wa hae.”
Kapa: “sedibeng.”
Ka Seheberu: “e neng e le leqhalaha.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “Ha o ka ya.”
Ka Seheberu: “o ke ke wa ya.”
Ka Seheberu: “o sa ye.”
Ka Seheberu: “ba neng ba ena le kgotso le yena.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “Nergale-sharezere, Samgare-nebo, Sarsekime, Rabsarise.” Ke tsela e nngwe hape eo a ngolwang ka yona ka Seheberu.
Kapa: “moselamose ya ka sehloohong (molepi wa dinaledi).”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa mohlomong: “mosebetsi o qobellwang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ofisiri e kgolo ya lekgotla.”
Kapa: “moselamose ya ka sehloohong (molepi wa dinaledi).”
Ka Seheberu: “thepa e hapuweng.”
Ka Seheberu: “ke eme ka pela.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “metsi a mangata.”
Kapa: “ikwahlaya.”
Kapa: “ho ya jaka teng ka nakwana.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ditempele.”
Kapa: “a sa tswa kotsi.”
Kapa: “Ntlo (Tempele) ya Letsatsi,” e leng Heliopolise.
Kapa: “ditempele.”
Kapa: “Memfise.”
Ka Seheberu: “ke tsoha hoseng mme ke ba romela.”
Kapa: “utlwe bohloko.”
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Ka Seheberu: “a fihlile pelong ya hae.”
Tlotla ya modimo wa mosadi ya neng a rapelwa ke Baiseraele ba bakwenehi. Mohlomong ke modimo eo ba neng ba re o etsa hore basadi ba be le bana.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “lebeletse.”
Ka Seheberu: “nama yohle.”
Ka Seheberu: “thepa e hapuweng.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Hangata dithebe tsena di ne di sebediswa ke masole a sebedisang diqha.
Ka Seheberu: “ba tjhehang diqha.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “Memfise.”
Ka Seheberu: “nako.”
E leng ya tla hlola Egepeta.
Kapa: “Memfise.”
Kapa mohlomong: “fetoha dithako.”
Kgomo e eso be le namane.
Kapa: “rathang patsi.”
E leng Thebese.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “ka tekanyo e loketseng.”
Kapa: “matsoho a bona a tla tepella.”
E leng Kreta.
E leng hore batho ba Gaza ba tla beola dihlooho hobane ba siame ba bile ba swabile.
Kapa: “itsheha.”
Kapa: “Phula.”
Kapa: “sehlaba.”
Ka Seheberu: “ba ba tsebang mabitso.”
Kapa mohlomong: “moo ho omeletseng.”
Kapa: “hodima sehlaba; sebataolo.”
Kapa: “Matla a Moabe a fedile.”
Kapa: “pelo ya hae.”
Ka Seheberu: “ka sehatelong.”
Ka Seheberu: “pelo ya ka e.”
E leng lekodilo le letswang lefung ha batho ba utlwile bohloko.
Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “mohoo wa batho ba hlaselang.”
Kapa: “e itshetlehileng ka yona.”
Sheba Tlhaloso.
Kapa: “masakeng a dinku.”
Kapa: “diphula.”
Ka Seheberu: “e phallang?”
Kapa: “bana ba hao ba se nang bontate.”
E leng Edomo.
Kapa: “ya tshabelang.”
Mohlomong ho buuwa ka baahi ba Edomo.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “ditlhafunelong.”
Ka Seheberu: “meyeng yohle.”
Kapa: “lehodimo.”
Kapa: “palo.”
Ka Seheberu e ka nna yaba polelwana ena e amana le lentswe “bolokwe” mme le sebediswa ha ho buuwa ka ntho e nyonyehang.
Kapa: “lefa la ka.”
Kapa: “tila.”
Kgomo e eso be le namane.
Ka Seheberu: “O fane ka letsoho la hae.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “thodiswa.”
Kapa: “baprofeta ba bohata.”
Kapa: “diphoofolo tse hlabang moolo” e leng diphoofolo tse etsang sello se kang seo ntja e se etsang bosiu.
Mohlomong ho buuwa ka baahi ba Babilona.
Ho bonahala hore Leb-kamai ke lebitso le leng la Kalde.
Kapa: “koba.”
E leng naha ya Bakalde.
Kapa mohlomong: “Tlatsang dikgohlopo.”
Ka Seheberu: “o tsositse moya wa.”
Kapa: “palo.”
Kapa: “kutlwisiso.”
Kapa: “mohodi.”
Kapa mohlomong: “mekwallo ya metsi.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “diemahale.”
Kapa: “phefumoloho.”
Kapa: “palo.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Ka Seheberu: “Halaletsang.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Mona Jeremia o bua jwalo ka ha eka ke yena Jerusalema le Juda.
E leng ya Jerusalema kapa ya Sione.
E leng baahi ba Babilona.
Kapa: “dipodi tse tona.”
Ho bonahala hore Sheshake ke lebitso le leng la Babele (Babilona).
Kapa: “basele.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 18.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse 12.”
Ka Seheberu: “menwana e mene.” Bophara ba monwana bo lekana le disenthimithara tse 1,85. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse hlano.”
Kapa: “Nete.”
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “a phahamisa hlooho ya.”
Ka Seheberu: “a mo fa terone e phahametseng diterone tsa marena.”