LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • nwt Numbere 1:1-36:13
  • Numere

No video available for this selection.

Sorry, there was an error loading the video.

  • Numere
  • Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
Numere

NUMERE

1 Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi, selemong sa bobedi ka mora hore Baiseraele ba tswe Egepeta,+ Jehova a bua le Moshe lefeelleng la Sinai+ ka tenteng ya pokano*+ a re: 2 “Balang+ Baiseraele* kaofela ho ya ka malapa a bona, mabitso a baholoholo ba bona le palo ya mabitso a bohle ba batona. 3 Wena le Arone le ngodise bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo+ bao e ka bang masole a Iseraele. Le ba bale ho latela dihlopha tsa bona.*

4 Lelokong le leng le le leng la Iseraele le kgethe monna a le mong eo e leng hlooho ya leloko leo a tswang ho lona.+ 5 Ana ke mabitso a banna ba tla ema le lona: Lelokong la Rubene e tla ba Elizure+ mora wa Shedeure, 6 lelokong la Simeone e tla ba Shelumiele+ mora wa Zurishadai. 7 Ho la Juda e tla ba Nashone+ mora wa Aminadabe. 8 Ho la Isakare e tla ba Nethaniele+ mora wa Zuare. 9 Ho la Zabulone e tla ba Eliabe+ mora wa Helone. 10 Ho bara ba Josefa, lelokong la Efraime+ e tla ba Elishama mora wa Amihude. Lelokong la Manase e be Gamaliele mora wa Pedazure. 11 Ho la Benjamine e tla ba Abidane+ mora wa Gideoni. 12 Ho la Dane e be Akiezere+ mora wa Amishadai. 13 Ho la Ashere e tla ba Pagiele+ mora wa Okrane. 14 Lelokong la Gade e tla ba Eliasafe+ mora wa Deuele. 15 Ho la Nefthali e be Ahira+ mora wa Enane. 16 Bana ke bona ba kgethilweng hara setjhaba hore e be dikgosana+ tsa maloko a bona, ba okamele banna ba dikete ba Iseraele.”+

17 Moshe le Arone ba bitsa banna bana ba neng ba kgethilwe. 18 Ba kgobokanya setjhaba sohle ka letsatsi la pele la kgwedi ya bobedi e le hore e mong le e mong wa bona a ka ngodiswa ka lebitso ho ya ka malapa a bona le mabitso a baholoholo ba bona, ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo+ 19 feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. Yare ha ba le lefeelleng la Sinai a ba ngodisa.+

20 Bana ba Rubene letsibolo la Iseraele+ ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 21 Lelokong la Rubene ho ngodisitswe ba 46 500.

22 Bana ba Simeone+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 23 Lelokong la Simeone ho ngodisitswe ba 59 300.

24 Bana ba Gade+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 25 Lelokong la Gade ho ngodisitswe ba 45 650.

26 Bana ba Juda+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 27 Lelokong la Juda ho ngodisitswe ba 74 600.

28 Bana ba Isakare+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 29 Lelokong la Isakare ho ngodisitswe ba 54 400.

30 Bana ba Zabulone+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 31 Lelokong la Zabulone ho ngodisitswe ba 57 400.

32 Ditloholo tsa Josefa ka Efraime+ di ile tsa ngodiswa ka malapa, mabitso a tsona le a baholoholo ba tsona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 33 Lelokong la Efraime ho ngodisitswe ba 40 500.

34 Bana ba Manase+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 35 Lelokong la Manase ho ngodisitswe ba 32 200.

36 Bana ba Benjamine+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 37 Lelokong la Benjamine ho ngodisitswe ba 35 400.

38 Bana ba Dane+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 39 Lelokong la Dane ho ngodisitswe ba 62 700.

40 Bana ba Ashere+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 41 Lelokong la Ashere ho ngodisitswe ba 41 500.

42 Bana ba Nefthali+ ba ile ba ngodiswa ka malapa, mabitso a bona le a baholoholo ba bona. Banna bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e neng e ka ba masole ba ile ba balwa. 43 Lelokong la Nefthali ho ngodisitswe ba 53 400.

44 Bana ke bao Moshe, Arone le dikgosana tse 12 tsa Iseraele ba ileng ba ba ngodisa. Kgosana e nngwe le e nngwe e ne e emela leloko leo e tswang ho lona. 45 Baiseraele bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo bao e ka bang masole a Iseraele, ba ile ba ngodiswa ho ya ka mabitso a baholoholo ba bona. 46 Palo ya bohle ba ngodisitsweng e bile 603 550.+

47 Empa malapa a hlahang lelokong la Levi+ ha a ka a ngodiswa ha mmoho le bona.+ 48 Yaba Jehova o re ho Moshe: 49 “Leloko la Levi ke lona feela leo o ke keng wa le ngodisa mme o se ke wa le kenyelletsa palong ya Baiseraele ba bang.+ 50 O kgethe Balevi hore ba hlokomele tabernakele ya Bopaki,+ disebediswa tsohle tsa yona le ntho e nngwe le e nngwe ya yona.+ Ba jare tabernakele le disebediswa tsohle tsa yona,+ ba sebeletse ho yona+ ba be ba hlome ditente ho e potoloha.+ 51 Balevi ba tlose tabernakele neng kapa neng ha e hloka ho tloswa,+ ha e hloka ho hlongwa ba e hlome. Empa motho ya tla e atamela a sa dumellwa* a bolawe.+

52 Moiseraele e mong le e mong a hlome tente ya hae sebakeng seo a se abetsweng, e mong le e mong sehlopheng sa habo.*+ Ba dule ditenteng tsa bona ka dihlopha.* 53 Balevi ba lokela ho hloma ditente tsa bona ho potoloha tabernakele ya Bopaki e le hore ke se ke ka halefela setjhaba sa Baiseraele.+ Ke bona ba nang le boikarabelo ba ho hlokomela* tabernakele ya Bopaki.”+

54 Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ba fela ba etsa jwalo.

2 Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Baiseraele ba hlome ditente tsa bona moo sehlopha sa bona sa maloko a mararo+ se abetsweng ho dula teng. Motho e mong le e mong a be pela letshwao la moholoholo wa hae. Ba hlome ditente tsa bona hore di potolohe tente ya pokano mme di shebe ka ho yona.

3 Ba hlomang ditente tsa bona ka botjhabela, e be sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Juda ho ya ka dihlopha tsa bona.* Kgosana ya bara ba Juda ke Nashone+ mora wa Aminadabe. 4 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 74 600.+ 5 Leloko la Isakare le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Isakare ke Nethaniele+ mora wa Zuare. 6 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 54 400.+ 7 Pela hae e tla ba leloko la Zabulone. Kgosana ya bara ba Zabulone ke Eliabe+ mora wa Helone. 8 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 57 400.+

9 Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Juda ke ba 186 400. Ba tlohe pele.+

10 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Rubene+ se be ka borwa ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Rubene ke Elizure+ mora wa Shedeure. 11 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 46 500.+ 12 Leloko la Simeone le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Simeone ke Shelumiele+ mora wa Zurishadai. 13 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 59 300.+ 14 Pela hae e be leloko la Gade. Kgosana ya bara ba Gade ke Eliasafe+ mora wa Reuele. 15 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 45 650.+

16 Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Rubene ke ba 151 450. E be ba bobedi ba ho tloha.+

17 Ha tente ya pokano e tloswa,+ ditente tsa Balevi di be bohareng ba ditente tse ding.

Ba tsamaye ka tsela e tshwanang le eo ba hlomang ditente ka yona,+ e mong le e mong a le sebakeng sa hae, ho ya ka dihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.

18 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Efraime ke Elishama+ mora wa Amihude. 19 Ba ngodisitsweng lebothong la hae ke ba 40 500.+ 20 Pela hae e be leloko la Manase.+ Kgosana ya bara ba Manase ke Gamaliele+ mora wa Pedazure. 21 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 32 200.+ 22 Pela hae e be leloko la Benjamine. Kgosana ya bara ba Benjamine ke Abidane+ mora wa Gideoni. 23 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 35 400.+

24 Bohle ba ngodisitsweng mabothong a ditente tsa Efraime ke ba 108 100. E be ba boraro ba ho tloha.+

25 Sehlopha sa maloko a mararo sa ditente tsa Dane se be ka leboya ho ya ka dihlopha tsa sona.* Kgosana ya bara ba Dane ke Akiezere+ mora wa Amishadai. 26 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 62 700.+ 27 Leloko la Ashere le hlome ditente pela hae. Kgosana ya bara ba Ashere ke Pagiele+ mora wa Okrane. 28 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 41 500.+ 29 Pela hae e be leloko la Nefthali. Kgosana ya bara ba Nefthali ke Ahira+ mora wa Enane. 30 Ba ngodisitsweng lebothong la hae la sesole ke ba 53 400.+

31 Bohle ba ngodisitsweng ditenteng tsa Dane ke ba 157 600. E be ba ho qetela ba ho tloha+ ho ya ka dihlopha tsa bona tsa maloko a mararo.”

32 Bana ke Baiseraele ba neng ba ngodisitswe ho ya ka mabitso a baholoholo ba bona. Bohle ba ditenteng ba ngodisitsweng bakeng sa sesole e ne e le ba 603 550.+ 33 Empa Balevi ha ba a ka ba ngodiswa+ ha mmoho le Baiseraele ba bang+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 34 Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe. Ena ke tsela eo ka yona ba neng ba hloma ditente dihlopheng tsa bona tsa maloko a mararo+ ebile ke tsela eo ba neng ba tloha ka yona,+ e mong le e mong ho ya ka lelapa la habo le ho ya ka mabitso a baholoholo ba hae.

3 Ena ke meloko ya Arone le Moshe letsatsing leo ka lona Jehova a buileng le Moshe Thabeng ya Sinai.+ 2 Ana e ne e le mabitso a bara ba Arone: Nadabe e leng letsibolo, Abihu,+ Eleazare+ le Ithamare.+ 3 Ana e ne e le mabitso a bara ba Arone e leng baprista ba tlotsitsweng ba neng ba kgethilwe* hore ba sebeletse e le baprista.+ 4 Le ha ho le jwalo, Nadabe le Abihu ba ile ba shwa ka pela Jehova ha ba ne ba nyehela mollo o sa dumellwang ka pela Jehova+ lefeelleng la Sinai mme ba ne ba se na bara. Empa Eleazare+ le Ithamare+ ba ile ba tswela pele ho sebeletsa e le baprista ha mmoho le ntata bona Arone.

5 Yaba Jehova o re ho Moshe: 6 “Atametsa ba leloko la Levi+ o ba emise ka pela moprista Arone mme ba tla mo sebeletsa.+ 7 Ba phethe boikarabelo ba bona ho yena le ho setjhaba sohle ka pela tente ya pokano ka hore ba etse tshebeletso ya bona e mabapi le tabernakele. 8 Ba hlokomele disebediswa tsohle+ tsa tente ya pokano mme ba phethe boikarabelo ba bona ho Baiseraele ka ho etsa mesebetsi e mabapi le tabernakele.+ 9 O fane ka Balevi ho Arone le bara ba hae. Ke ba fanweng, bao a ba filweng ho tswa ho Baiseraele.+ 10 O kgethe Arone le bara ba hae mme ba etse mesebetsi ya bona ya boprista.+ Motho le ha e le ofe ya tla atamela sehalalelo empa a sa dumellwa* a bolawe.”+

11 Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Ha e le nna, ke nka Balevi hara Baiseraele ho ena le ho nka matsibolo ohle a Baiseraele+ mme Balevi e tla ba ba ka. 13 Matsibolo ohle ke a ka.+ Ka letsatsi leo ka lona ke neng ke otla matsibolo ohle naheng ya Egepeta,+ ke ile ka halaletsa matsibolo ohle a Iseraele bakeng sa ka ho tloha ho motho ho ya ho phoofolo.+ E tla ba a ka. Ke nna Jehova.”

14 Jehova a boela a bua le Moshe lefeelleng la Sinai,+ a re: 15 “Ngodisa bara ba Levi ho ya ka matlo a bontate ba bona le ho ya ka malapa a bona. O ngodise bohle ba batona ho tloha ka ya nang le kgwedi ho ya hodimo.”+ 16 Ka hoo, Moshe a ba ngodisa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. 17 Ana e ne e le mabitso a bara ba Levi: Gershone, Kohathe le Merari.+

18 Ana e ne e le mabitso a bara ba Gershone ka malapa a bona: Libni le Shimei.+

19 Bara ba Kohathe ho ya ka malapa a bona e ne e le Amrame, Izehare, Hebrone le Uziele.+

20 Bara ba Merari ho ya ka malapa a bona e ne e le Maheli+ le Mushi.+

Ana e ne e le malapa a Balevi ho ya ka matlo a bontate ba bona.

21 Ho Gershone ho ile ha hlaha lelapa la Balibni+ le lelapa la Bashimei. Ana e ne e le malapa a Bagershone. 22 Palo ya bohle ba batona ba bona ba ngodisitsweng ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 7 500.+ 23 Malapa a Bagershone a ne a hlomme ditente ka bophirimela ka mora tabernakele.+ 24 Kgosana ya malapa a sehlopheng sa Bagershone e ne e le Eliasafe mora wa Laele. 25 Boikarabelo ba bara ba Gershone+ ka tenteng ya pokano e ne e le ho hlokomela tabernakele+ le masela a yona a e kwahelang+ ka hare le ka ntle, kgaretene+ ya monyako wa tente ya pokano, 26 masela a lepeletseng+ a lebala, kgaretene+ ya monyako wa lebala le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tente le mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena.

27 Ho Kohathe ho ile ha hlaha lelapa la Baamrame, la Baizehare, la Bahebrone le la Bauziele. Ana e ne e le malapa a Bakohathe.+ 28 Palo ya bohle ba batona ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 8 600. Ba ne ba ikarabella ka ho hlokomela sebaka se halalelang.+ 29 Malapa a bara ba Kohathe a ne a hlomme ditente ka lehlakoreng le ka borwa la tabernakele.+ 30 Kgosana ya lelapa bakeng sa malapa a Bakohathe e ne e le Elizafane mora wa Uziele.+ 31 Boikarabelo ba malapa ao e ne e le ho hlokomela Areka,+ tafole,+ sedulwana sa lebone,+ dialetare,+ disebediswa+ tse sebediswang sebakeng se halalelang, kgaretene+ ya sehalalelo le ho etsa mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena.+

32 Hlooho ya dikgosana tsa Balevi e ne e le Eleazare+ mora wa moprista Arone, eo e neng e le molebedi wa ba hlokomelang mesebetsi ya sebaka se halalelang.

33 Ho Merari ho ile ha hlaha lelapa la Bamaheli le lelapa la Bamushi. Ana e ne e le malapa a Merari.+ 34 Palo ya bohle ba batona ba ngodisitsweng ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 6 200.+ 35 Kgosana ya lelapa bakeng sa malapa a Merari e ne e le Zuriele mora wa Abikaile. Ba ne ba hlomme ditente tsa bona ka lehlakoreng le ka leboya la tabernakele.+ 36 Boikarabelo ba bara ba Merari e ne e le ho hlokomela diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo+ tsa yona, dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti, disebediswa+ tsohle tsa yona le ho etsa mosebetsi wohle o amanang le dintho tsena,+ 37 ha mmoho le dipilara tse neng di potolohile lebala le ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente le dithapo tsa tsona tsa tente.

38 Ba hlommeng ditente tsa bona ka botjhabela ka pela tabernakele e leng tente ya pokano, e ne e le Moshe, Arone le bara ba hae. Boikarabelo ba bona e ne e le ho hlokomela sehalalelo mme ba ne ba etsa mosebetsi oo bakeng sa Baiseraele. Motho le ha e le ofe ya atamelang sehalalelo empa a sa dumellwa* o ne a tla bolawa.+

39 Balevi bohle ba batona ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngodisa ho ya ka malapa a bona ka taelo ya Jehova, ba ne ba le 22 000.

40 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Ngodisa matsibolo ohle a matona a Baiseraele ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo.+ O ba bale mme o ngole mabitso a bona. 41 O nkukele Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle a Baiseraele+ mme o nke le diphoofolo tsa Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle a diphoofolo tsa Baiseraele. Ke nna Jehova.”+ 42 Yaba Moshe o ngodisa matsibolo ohle hara Baiseraele feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. 43 Palo ya matsibolo ohle a matona a ngodisitsweng ka mabitso ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo, e ne e le 22 273.

44 Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 45 “Nka Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle hara Baiseraele mme o nke le diphoofolo tsa Balevi ho ena le ho nka diphoofolo tsa Baiseraele mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Jehova. 46 Palo ya matsibolo a Baiseraele e feta palo ya Balevi+ ka 273. E le hore matsibolo ana a eketsehileng a lopollwe,+ 47 o nke dikotwana tsa silevera tse etsang dikramo tse 57* bakeng sa motho ka mong,+ ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.* Tekanyo e sebediswang e lekana le dikramo tse ka bang 11.*+ 48 O fe Arone le bara ba hae tjhelete ya ho lopolla bao ba fetang palo ya Balevi.” 49 Ka hoo, Moshe a nka tjhelete ya topollo ho ba neng ba feta Balevi ka palo e le hore a ba lopolle. 50 A nka tjhelete ho matsibolo a Baiseraele e leng dikotwana tsa silevera tsa boima bo ka etsang dikhilokramo tse 16,* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang. 51 Jwale Moshe a fa Arone le bara ba hae tjhelete ya topollo ho ya ka lentswe* la Jehova feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

4 Jwale Jehova a bua le Moshe le Arone, a re: 2 “Balang bara ba Kohathe+ hara bara ba Levi ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 3 bohle ba dilemo di 30+ ho ya ho ba dilemo di 50+ ba leng sehlopheng se abetsweng ho sebetsa ka tenteng ya pokano.+

4 Ona ke mosebetsi wa bara ba Kohathe ka tenteng ya pokano.+ Ke mosebetsi o halalelang ka ho fetisisa: 5 Ha batho ba hlomolla ditente tsa bona mme ba tloha, Arone le bara ba hae ba kene mme ba theole kgaretene ya sehalalelo+ ebe ba kwahela areka+ ya Bopaki ka yona. 6 Ba e kwahele ka matlalo a diqibi* mme ka hodima ona ba ale lesela le leputswa mme ba kenye dipalo+ tseo e jarwang ka tsona.

7 Hape ba ale lesela le leputswa hodima tafole ya bohobe ba pontsho+ mme hodima yona ba behe dijana, dikopi, dikotlolo le dijeke tsa nyehelo ya seno.+ Bohobe bo nyehelwang ka mehla+ bo dule bo le hodima yona. 8 Ba ale lesela le lefubedu* hodima tsona mme ba kwahele tafole ka matlalo a diqibi* ebe ba kenya dipalo+ tseo e jarwang ka tsona. 9 Ka mora moo, ba nke lesela le leputswa mme ba kwahele sedulwana sa lebone+ ha mmoho le mabone a sona,+ ditong* tsa sona, dipane tsa sona tsa mollo+ le dijana tsohle tsa sona tsa oli tse sebediswang ho e hlokomela. 10 Ba se phuthele ha mmoho le disebediswa tsohle tsa sona ka matlalo a diqibi* mme ba se behe hodima palo eo se jarwang ka yona. 11 Ba ale lesela le leputswa hodima aletare ya kgauta,+ ba e kwahele ka matlalo a diqibi* mme ba kenye dipalo+ tseo e jarwang ka tsona. 12 Ka mora moo, ba nke disebediswa+ tsohle tseo ba di sebedisang ho sebeletsa ka mehla sebakeng se halalelang. Ba di behe ka hara lesela le leputswa mme ba di kwahele ka matlalo a diqibi* ebe ba di beha hodima palo eo di jarwang ka yona.

13 Ba tlose molora* aletareng+ mme ba ale lesela le entsweng ka ulu e pherese hodima yona. 14 Ba behe disebediswa tsohle tsa aletare hodima yona, tse sebediswang ha ba sebeletsa aletareng: Dipane tsa mollo, difereko, dikgarafu le dikotlolo e leng disebediswa tsohle tsa aletare+ mme ba e kwahele ka matlalo a diqibi* ebe ba kenya dipalo+ tseo e jarwang ka tsona.

15 Ha batho ba hlomolla ditente tsa bona mme ba tloha, Arone le bara ba hae ba kwahele dintho tsa sebaka se halalelang le thepa yohle ya sebaka se halalelang.+ Ha ba qetile, bara ba Kohathe ba tle ba di nke+ empa ba se ke ba thetsa dintho tsa sebaka se halalelang, ho seng jwalo ba tla shwa.+ Boikarabelo* ba bara ba Kohathe ke ho hlokomela dintho tsena tse amanang le tente ya pokano.

16 Boikarabelo ba Eleazare+ mora wa moprista Arone ke ho ba molebedi wa oli ya ho kgantsha,+ dibano tse nkgang ha monate,+ nyehelo ya ka mehla ya dijo* le oli e halalelang.*+ Ke yena molebedi wa tabernakele yohle le dintho tsohle tse ka ho yona, ho akarelletsa le sebaka se halalelang le disebediswa tsa sona.”

17 Jehova a boela a bua le Moshe le Arone, a re: 18 “Le se ke la etsa hore leloko la malapa a Bakohathe+ le fediswe hara Balevi. 19 Empa le etse mosebetsi wa lona hantle e le hore ba tswele pele ba phela mme ba se ke ba shwa ka lebaka la ho atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa.+ Arone le bara ba hae ba tle mme ba abele e mong le e mong mosebetsi wa hae le seo a lokelang ho se jara. 20 Ba se ke ba kena ebe ba bona dintho tse halalelang le ha e le ka motsotswana, ho seng jwalo ba tla shwa.”+

21 Yaba Jehova o bua le Moshe, o re: 22 “O bale bara ba Gershone+ ho ya ka matlo a bontate ba bona le ho ya ka malapa a bona. 23 O ngodise bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50, ba sehlopheng se abetsweng ho sebeletsa ka tenteng ya pokano. 24 Dintho tsena ke tseo malapa a Bagershone a abetsweng ho di hlokomela le ho di jara:+ 25 Ba jare masela a tente a tabernakele,+ lesela la tente ya pokano, lesela la tente le entsweng ka matlalo a diqibi* le lesela la tente le ka tlasa lona.+ Hape ba jare kgaretene ya monyako wa tente ya pokano,+ 26 masela a lepeletseng a lebala,+ kgaretene ya monyako wa keiti ya lebala+ le potolohileng tabernakele le aletare, dithapo tsa tsona tsa tente le disebediswa tsohle tsa tsona le dintho tsohle tse sebediswang tshebeletsong ya yona. Ona ke mosebetsi wa bona. 27 Arone le bara ba hae e be balebedi ba mosebetsi wohle le mejaro yohle ya Bagershone.+ A ba abele mejaro ena yohle hore e be boikarabelo ba bona. 28 Ena ke tshebeletso eo malapa a Bagershone a tla e etsa ka tenteng ya pokano.+ Ithamare mora wa moprista Arone e be motsamaisi wa mosebetsi wa bona.+

29 Ha e le bara ba Merari,+ o ba ngodise ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona. 30 O ba ngodise ho tloha ka ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50, bohle ba sehlopheng se abetsweng ho sebeletsa tenteng ya pokano. 31 Tsena ke dintho tseo ba lokelang ho di jara+ mabapi le tshebeletso ya bona ya tente ya pokano: Diforeimi+ tsa tabernakele, dipalo tsa yona,+ dipilara+ tsa yona le ditshehetso tsa yona tse sekoti,+ 32 dipilara+ tse potolohileng lebala, ditshehetso tsa tsona tse sekoti,+ ditshepe* tsa tsona tsa tente+ le dithapo tsa tsona tsa tente ha mmoho le disebediswa tsohle tsa tsona le tshebeletso yohle e amanang le dintho tsena. O ba abele disebediswa tseo ba lokelang ho di jara ho ya ka mabitso a bona. 33 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari+ a tla sebeletsa ka yona tenteng ya pokano. Ithamare mora wa moprista Arone+ e be motsamaisi wa mosebetsi wa bona.”

34 Jwale Moshe le Arone le dikgosana+ tsa setjhaba ba ngodisa bara ba Bakohathe+ ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 35 bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 ba neng ba le sehlopheng se abetsweng ho sebeletsa tenteng ya pokano.+ 36 Palo ya bohle ba ngodisitsweng ho ya ka malapa a bona e ne e le 2 750.+ 37 Bana ke ba neng ba ngodisitswe ho tswa ho malapa a Bakohathe, bohle ba neng ba sebeletsa tenteng ya pokano. Moshe le Arone ba ile ba ba ngodisa ka taelo ya Jehova a sebedisa Moshe.+

38 Bara ba Gershone+ ba ile ba ngodiswa ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 39 bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 ba neng ba le sehlopheng se neng se abetswe ho sebeletsa tenteng ya pokano. 40 Palo ya bohle ba ngodisitsweng ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, e ne e le 2 630.+ 41 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Gershone a ileng a ngodiswa ka yona, bohle ba neng ba sebeletsa tenteng ya pokano. Moshe le Arone ba ile ba ba ngodisa ho ya ka taelo ya Jehova.+

42 Bara ba Merari ba ile ba ngodiswa ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona, 43 bohle ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 ba neng ba le sehlopheng se neng se abetswe ho sebeletsa tenteng ya pokano.+ 44 Palo ya bohle ba ngodisitsweng ho bona ho ya ka malapa a bona e ne e le 3 200.+ 45 Ena ke tsela eo malapa a bara ba Merari a ileng a ngodiswa ka yona, bao Moshe le Arone ba ileng ba ba ngodisa ho ya ka taelo ya Jehova a sebedisa Moshe.+

46 Moshe le Arone le dikgosana tsa Iseraele ba ile ba ngodisa Balevi bana bohle ho ya ka malapa a bona le ho ya ka matlo a bontate ba bona. 47 E ne e le ba dilemo di 30 ho ya ho ba dilemo di 50 mme kaofela ha bona ba ne ba abetswe hore ba sebeletse tenteng ya pokano le ho jara mejaro ya yona.+ 48 Palo ya bohle ba ngodisitsweng e ne e le 8 580.+ 49 E mong le e mong o ile a ngodiswa ho ya ka mosebetsi oo a o abetsweng le ho ya ka mojaro wa hae. Ba ile ba ngodiswa ho ya ka taelo ya Jehova a sebedisa Moshe. Ba ngodiswa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

5 Jehova a tswela pele ho re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele hore ba ntshetse ka ntle ho diahelo batho bohle ba nang le lepera,+ bohle ba dutlang+ mmeleng ha mmoho le batho bohle ba silafaditsweng ke motho ya shweleng.+ 3 Ebang ke e motona kapa e motshehadi, le mo ntshetse ka ntle. Le mo ntshetse ka ntle ho diahelo e le hore a se ke a silafatsa+ diahelo tsa bao ke dulang* hara bona.”+ 4 Ka hoo, Baiseraele ba etsa jwalo mme ba ba ntshetsa ka ntle ho diahelo. Feela jwalo ka ha Jehova a boleletse Moshe, Baiseraele ba etsa jwalo.

5 Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 6 “Bolella Baiseraele, o re: ‘Haeba monna kapa mosadi a etsa sebe le ha e le sefe mme a sa tshepahalle Jehova, motho eo o molato.+ 7 A* bolele+ sebe seo a se entseng* mme a patale ditshenyehelo tse feletseng bakeng sa molato wa hae. Hape a ntshe karolo ya bohlano ya boleng ba tsona,+ a e fe motho eo a mo foseditseng. 8 Empa haeba motho ya foseditsweng a se na wa habo ya amanang le yena haufi, ya ka amohelang tefo ya ditshenyehelo, e kgutlisetswe ho Jehova mme e be ya moprista. Tefo eo e iswe mmoho le ramo eo moprista a tla etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa mofosi ka yona.+

9 Monehelo o mong le o mong o halalelang+ oo Baiseraele ba o fang moprista e be wa hae.+ 10 Dintho tse halalelang tsa motho e mong le e mong e dule e le tsa hae. Ntho efe kapa efe eo batho bohle ba e fang moprista e tla ba ya moprista.’”

11 Jehova a tswela pele ho bua le Moshe, a re: 12 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Haeba mosadi a kgeloha mme a sa tshepahalle monna wa hae, 13 a etsa thobalano le monna e mong+ monna wa hae a sa tsebe ebile taba eo e dula e patilwe, ka mantswe a mang haeba mosadi eo a itshilafaditse empa ho se na bopaki ba ho mo qosa mme a sa tshwarwa, ho etswe tjena: 14 Haeba monna a boulela mme a belaela hore mosadi wa hae ha a mo tshepahalla ebang mosadi wa hae o itshilafaditse kapa tjhe, 15 monna eo a tlise mosadi wa hae ho moprista mme a mo tlise ha mmoho le nyehelo e tla fanwa bakeng sa hae, e leng dilithara tse pedi* tsa phofo ya harese. A se ke a e tshela ka oli kapa a beha dibano tse tshweu hodima yona hobane ke nyehelo ya dijo* ya poulelo, nyehelo ya dijo e hopotsang phoso.

16 Moprista a mo tlise ka pele mme a mo emise ka pela Jehova.+ 17 Moprista a nke metsi a halalelang ka sejaneng sa letsopa, a nke mobu fatshe tabernakeleng mme a o tshele ka hara metsi. 18 Moprista a emise mosadi eo ka pela Jehova ebe o fasolla moriri wa mosadi eo. A behe nyehelo ya dijo* e hopotsang phoso diatleng tsa hae, ke hore, nyehelo ya dijo ya poulelo+ mme ka letsohong la hae moprista a nke metsi a babang a tlisang thohako.+

19 Ka mora moo, moprista a etse hore a hlapanye, a re ho mosadi eo: “Haeba haesale o nyalane le monna wa hao* ha ho na monna e mong ya robetseng le wena+ mme ha o a ka wa kgeloha le ho itshilafatsa, metsi ana a babang a tlisang thohako a se ke a o ntsha kotsi. 20 Empa haeba o ile wa kgeloha ha o ntse o nyalane le monna wa hao ka hore o itshilafatse ka ho etsa thobalano le monna e mong+ ntle ho monna wa hao,” 21 Jwale moprista a etse hore mosadi eo a hlapanye ka ho etsa kano* mme moprista a re ho mosadi eo: “E se eka Jehova a ka etsa hore o be thohako le kano hara batho ba heno, ha Jehova a etsa hore o se ke wa kgona ho ba le bana* le hore mpa ya hao e ruruhe. 22 Metsi ana a tlisang thohako a kene ka maleng a hao ho etsa hore mpa ya hao e ruruhe le ho etsa hore o se ke wa kgona ho ba le bana.”* Mosadi a re: “Amen! Amen!”*

23 Jwale moprista a ngole dithohako tsena bukeng mme a di hlatswetse ka hara metsi a babang. 24 Ka mora moo, a nwese mosadi eo metsi a babang a tlisang thohako. Metsi a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae mme a etse hore a utlwe bohloko. 25 Moprista a nke nyehelo ya dijo* ya poulelo+ letsohong la mosadi eo mme a tsokele nyehelo ya dijo kwana le kwana ka pela Jehova, ebe o e atametsa aletareng. 26 Moprista a nke karolo e seng kae ya nyehelo ya dijo e le karolo e emelang nyehelo yohle mme a etse hore e kubelle aletareng+ ebe ka mora moo o nwesa mosadi eo metsi. 27 Ha a mo nwesa metsi ao, haeba a itshilafaditse mme a sa tshepahalla monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ka maleng a hae mme a etse hore a utlwe bohloko. Mpa ya hae e tla ruruha ebile a ke ke a kgona ho pepa.* Mosadi eo e tla ba mohlala wa motho ya rohakilweng hara batho ba habo. 28 Le ha ho le jwalo, haeba mosadi eo a sa ka a itshilafatsa mme a hlwekile, a ke ke a fumana kotlo e jwalo mme o tla kgona ho ima le ho ba le bana.

29 Ona ke molao wa poulelo+ haeba mosadi a ka kgeloha ha a ntse a nyalane le monna wa hae mme a itshilafatsa 30 kapa ha monna a boulela mme a belaela hore mosadi wa hae ha a mo tshepahalle. Monna eo a emise mosadi wa hae ka pela Jehova mme moprista a phethe molao ona wohle ho yena. 31 Monna eo a ke ke a ba molato empa mosadi wa hae o tla ikarabella bakeng sa molato wa hae.’”

6 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Haeba monna kapa mosadi a etsa boitlamo bo kgethehileng ba ho phela e le Monazari*+ wa Jehova, 3 ha a lokela ho nwa veine le dino tse ding tse tahang. Ha a lokela ho nwa vinika e entsweng ka veine kapa vinika e entsweng ka seno se tahang.+ Ha a lokela ho nwa seno se entsweng ka morara kapa ho ja morara, ebang ke o sa tswa kguwa kapa o omisitsweng. 4 Ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae ha a lokela ho ja ntho e tswang sefateng sa morara ebang ke morara o sa butswang kapa makgapetla.

5 A se ke a kuta moriri+ wa hae* ka matsatsi ohle a boitlamo ba hae ba Bonazari. A dule a halalela ka hore a tlohele moriri wa hlooho ya hae hore o hole ho fihlela matsatsi ao a inehetseng ho Jehova ka ona a fedile. 6 A se ke a atamela* motho ya shweleng ka matsatsi ohle ao a inehetseng ho Jehova ka ona. 7 A se ke a itshilafatsa ka motho ya shweleng+ le haeba ntate wa hae, mme wa hae, morabo kapa kgaitsedi ya hae e ka shwa hobane moriri o hloohong ya hae ke letshwao la hore ke Monazari.

8 O a halalela ho Jehova ka matsatsi ohle a Bonazari ba hae. 9 Empa haeba motho a ka shwella haufi le yena+ ka tshohanyetso mme a mo thetsa ebe o silafatsa moriri o bontshang hore o inehetse ho Modimo,* a kute hlooho+ ya hae ka lehare letsatsing leo a hlwekiswang ka lona. A e kute ka letsatsi la bosupa. 10 Ka letsatsi la borobedi, a tlise maebanakgorwana a mabedi kapa maebana a mabedi monyako wa tente ya pokano ho moprista. 11 Moprista a etse nyehelo ya sebe ka le leng mme ka le leng a etse nyehelo ya setjheso ebe o mo etsetsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa sebe+ sa hae se mabapi le motho ya shweleng. Jwale a halaletse hlooho ya hae letsatsing leo. 12 A inehele hape ho Jehova mme a qale matsatsi a hae a Bonazari botjha ebe o tlisa ramo e nyenyane e nang le selemo e le nyehelo ya molato. Le ha ho le jwalo, matsatsi a seng a fetile a ke ke a balwa hobane o silafaditse Bonazari ba hae.

13 Jwale ona ke molao o mabapi le Monazari: Ha matsatsi a hae a Bonazari+ a fedile, a tliswe monyako wa tente ya pokano. 14 A hlahise nyehelo ya hae ho Jehova moo. Nyehelo eo e be ramo e le nngwe e nyenyane e nang le selemo e phetseng hantle e le nyehelo ya setjheso,+ konyana e le nngwe e nang le selemo e phetseng hantle e tshehadi e le nyehelo ya sebe,+ ramo e le nngwe e phetseng hantle e le sehlabelo se kopanetsweng,+ 15 baskete ya mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a se nang tomoso a entsweng ka phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli, diphaphatha tse se nang tomoso tse tlotsitsweng ka oli le nyehelo ya tsona ya dijo*+ le dinyehelo tsa tsona tsa seno.+ 16 Moprista a di hlahise ka pela Jehova mme a fane ka nyehelo ya hae ya sebe le nyehelo ya hae ya setjheso. 17 A fane ka ramo e le sehlabelo se kopanetsweng ho Jehova ha mmoho le baskete ya mahobe a se nang tomoso mme moprista a hlahise nyehelo ya yona ya dijo*+ le nyehelo ya yona ya seno.

18 Jwale Monazari a kute moriri o hloohong ya hae*+ ka lehare a le monyako wa tente ya pokano mme a nke moriri ona oo a o hodisitseng ha e ntse e le Monazari, a o kenye mollong wa sehlabelo se kopanetsweng. 19 Moprista a nke sephaka se phehilweng+ sa ramo, a nke bohobe bo le bong bo sedikadikwe bo lesoba hare bo se nang tomoso ka basketeng le sephaphatha se le seng se se nang tomoso mme a di behe diatleng tsa Monazari ka mora hore a kute moriri wa hae, e leng letshwao la Bonazari ba hae. 20 Moprista a di tsokele kwana le kwana e le nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ Ke ntho e halalelang bakeng sa moprista ha mmoho le sefuba sa nyehelo e tsokwang le leoto le fanwang e le monehelo.+ Ka mora moo, Monazari a ka nwa veine.

21 Ona ke molao o mabapi le Monazari+ ya etsang boitlamo: Haeba a itlama hore a ka kgona ho fana ka nyehelo ho Jehova e fetang eo a lokelang ho e ntsha bakeng sa Bonazari ba hae, a phethe boitlamo ba hae e le hore a hlomphe molao wa Bonazari ba hae.’”

22 Jwale Jehova a re ho Moshe: 23 “Bolella Arone le bara ba hae o re, ‘Ena ke tsela eo le tla hlohonolofatsa+ setjhaba sa Iseraele ka yona. Le re ho sona:

24 “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa+ mme a le sireletsa.

25 E se eka Jehova a ka le bontsha mosa*+ mme a le hauhela.

26 E se eka Jehova a ka le bontsha mosa mme a le fa kgotso.”’+

27 Ba bitse lebitso la ka setjhabeng sa Iseraele+ e le hore nka ba hlohonolofatsa.”+

7 Letsatsing leo Moshe a qetileng ho hloma tabernakele+ ka lona, o ile a e tlotsa+ le ho e hlwekisa* ha mmoho le thepa yohle ya yona, aletare le disebediswa tsohle tsa yona.+ Ha a se a di tlotsitse mme a di hlwekisitse,+ 2 dikgosana tsa Iseraele+ tseo e neng e le dihlooho tsa maloko, tsa etsa nyehelo. Dikgosana tsena tse neng di okametse mosebetsi wa ho ngodisa 3 di ile tsa tlisa nyehelo ya tsona ka pela Jehova. E ne e le nyehelo ya dikariki tse tsheletseng tse kwahetsweng le dipoho tse 12. Di ne di tlisitse kariki e le nngwe bakeng sa dikgosana tse pedi le poho e le nngwe bakeng sa e mong le e mong wa bona mme tsa di hlahisa ka pela tabernakele. 4 Jehova a re ho Moshe: 5 “O amohele dintho tsena tse tswang ho dikgosana tsena ka ha di tla sebedisetswa tshebeletso ya tente ya pokano mme o di fe Balevi. O fe e mong le e mong wa bona seo a se hlokang bakeng sa mosebetsi wa hae.”

6 Ka hoo, Moshe a amohela dikariki le dipoho tseo mme a di fa Balevi. 7 O ile a fa bara ba Gershone dikariki tse pedi le dipoho tse nne, ho ya ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi wa bona.+ 8 A fa bara ba Merari dikariki tse nne le dipoho tse robedi ho ya ka seo ba neng ba se hloka bakeng sa mosebetsi wa bona mme Ithamare mora wa moprista Arone e ne e le motsamaisi wa mosebetsi wa bona.+ 9 Empa ha a ka a fa bara ba Kohathe letho hobane mosebetsi wa bona o ne o amana le tshebeletso ya sebaka se halalelang+ mme ba ne ba jara dintho tse halalelang ka mahetla a bona.+

10 Jwale dikgosana tsa etsa nyehelo ha ho kgakolwa aletare letsatsing leo e neng e tlotswa ka lona.+ Ha dikgosana di hlahisa dinyehelo tsa tsona ka pela aletare, 11 Jehova a re ho Moshe: “Letsatsi le leng le le leng kgosana e le nngwe e hlahise nyehelo ya yona ha ho kgakolwa aletare. Di tle ka matsatsi a latellanang.”

12 Kgosana e ileng ya tlisa nyehelo ya yona ka letsatsi la pele e ne e le Nashone+ mora wa Aminadabe wa leloko la Juda. 13 Nyehelo ya hae e ne e le sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo,* le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.*+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 14 A tlisa le kopi e le nngwe* ya kgauta e boima ba dikramo tse 114* e tletseng dibano. 15 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 16 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 17 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko* tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Nashone mora wa Aminadabe.+

18 Ka letsatsi la bobedi, Nethaniele+ mora wa Zuare, kgosana ya Isakare, a tlisa nyehelo. 19 O ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 20 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 21 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e selemong sa yona sa pele.+ 22 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 23 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Nethaniele mora wa Zuare.

24 Ka letsatsi la boraro, kgosana ya bara ba Zabulone, e leng Eliabe+ mora wa Helone, 25 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 26 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 27 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 28 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 29 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Eliabe+ mora wa Helone.

30 Ka letsatsi la bone, kgosana ya bara ba Rubene, e leng Elizure+ mora wa Shedeure, 31 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 32 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 33 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 34 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 35 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Elizure+ mora wa Shedeure.

36 Ka letsatsi la bohlano, kgosana ya bara ba Simeone, e leng Shelumiele+ mora wa Zurishadai, 37 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 38 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 39 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 40 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 41 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Shelumiele+ mora wa Zurishadai.

42 Ka letsatsi la botshelela, kgosana ya bara ba Gade, e leng Eliasafe+ mora wa Deuele, 43 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 44 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 45 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 46 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 47 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Eliasafe+ mora wa Deuele.

48 Ka letsatsi la bosupa, kgosana ya bara ba Efraime, e leng Elishama+ mora wa Amihude, 49 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 50 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 51 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 52 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 53 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Elishama+ mora wa Amihude.

54 Ka letsatsi la borobedi, kgosana ya bara ba Manase, e leng Gamaliele+ mora wa Pedazure, 55 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 56 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 57 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 58 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 59 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Gamaliele+ mora wa Pedazure.

60 Ka letsatsi la borobong, kgosana+ ya bara ba Benjamine, e leng Abidane+ mora wa Gideoni, 61 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 62 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 63 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 64 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 65 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Abidane+ mora wa Gideoni.

66 Ka letsatsi la leshome, kgosana ya bara ba Dane, e leng Akiezere+ mora wa Amishadai, 67 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 68 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 69 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 70 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 71 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Akiezere+ mora wa Amishadai.

72 Ka letsatsi la bo11, kgosana ya bara ba Ashere, e leng Pagiele+ mora wa Okrane, 73 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 74 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 75 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 76 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 77 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Pagiele+ mora wa Okrane.

78 Ka letsatsi la bo12, kgosana ya bara ba Nefthali, e leng Ahira+ mora wa Enane, 79 o ile a tlisa nyehelo ya hae ya sejana se le seng sa silevera sa boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo le sekotlolo se le seng sa silevera sa boima ba dikramo tse 798 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ Ka bobedi di ne di tletse phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ 80 A tlisa le kopi e le nngwe ya kgauta e boima ba dikramo tse 114 e tletseng dibano. 81 Bakeng sa nyehelo ya setjheso a tlisa pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le konyana e le nngwe e tona e nang le selemo.+ 82 Bakeng sa nyehelo ya sebe a tlisa potsanyane e le nngwe.+ 83 Bakeng sa sehlabelo se kopanetsweng,+ a tlisa dipoho tse pedi, diramo tse hlano, diphooko tse hlano le dikonyana tse hlano tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Ena e ne e le nyehelo ya Ahira+ mora wa Enane.

84 Tsena ke dintho tseo dikgosana tsa Iseraele di ileng tsa fana ka tsona e le nyehelo ha ho kgakolwa+ aletare le ha e tlotswa: Dijana tsa silevera tse 12, dikotlolo tsa silevera tse 12, dikopi tsa kgauta tse 12.+ 85 Sejana se seng le se seng sa silevera se ne se le boima bo ka etsang khilokramo e le nngwe le halofo, sekotlolo se seng le se seng se le boima ba dikramo tse 798, silevera yohle ya dijana e le dikhilokramo tse ka bang 27* ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang.+ 86 Kopi ka nngwe ho dikopi tsa kgauta tse 12 tse tletseng dibano e ne e le boima ba dikramo tse 114 ho ya ka tekanyo ya sebaka se halalelang, kgauta yohle ya dikopi e ne e le boima bo ka hodimonyana ho khilokramo.* 87 Diphoofolo tsohle bakeng sa nyehelo ya setjheso e ne e le dipoho tse 12, diramo tse 12, dikonyana tse tona tse 12 e nngwe le e nngwe e ena le selemo le dinyehelo tsa tsona tsa dijo* le dipotsanyane tse 12 bakeng sa nyehelo ya sebe. 88 Diphoofolo tsohle tsa sehlabelo se kopanetsweng e ne e le dipoho tse 24, diramo tse 60, diphooko tse 60, dikonyana tse tona tse 60 e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Tsena ke dintho tseo ho ileng ha fanwa ka tsona e le nyehelo ha ho ne ho kgakolwa+ aletare ka mora hore e tlotswe.+

89 Neng kapa neng ha Moshe a ne a kena ka tenteng ya pokano ho ya bua le Modimo,+ o ne a utlwa lentswe le bua le yena le tswa ka hodima sekwahelo+ sa areka ya Bopaki, pakeng tsa dikerubime+ tse pedi mme Modimo o ne a bua le yena.

8 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Bua le Arone o re ho yena, ‘Ha o kgantsha mabone, mabone a supileng a lokela ho etsa hore sebaka se ka pela sedulwana sa lebone se kganye.’”+ 3 Ka hoo, Arone a kgantsha mabone bakeng sa sebaka se ka pela sedulwana sa lebone+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 4 Sedulwana sa lebone se ne se entswe ka tsela ena: Se ne se entswe ka kgauta e tutsweng ka hamore+ ho tloha kutung ya sona ho fihlela ho dithunthung tsa sona. Sedulwana sa lebone se ne se entswe ho ya ka pono+ eo Jehova a neng a e bontshitse Moshe.

5 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 6 “Nka Balevi hara Baiseraele mme o ba hlwekise.+ 7 O ba hlwekise ka tsela ena: O ba fafatse ka metsi a hlwekisang sebe. Ba kute moriri wohle o mmeleng wa bona ka lehare, ba hlatswe diaparo tsa bona mme ba itlhwekise.+ 8 Jwale ba nke pohwana+ le nyehelo ya yona ya dijo*+ ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli. O nke pohwana e nngwe bakeng sa nyehelo ya sebe.+ 9 O hlahise Balevi ka pela tente ya pokano mme o bokelle setjhaba sohle sa Baiseraele.+ 10 Ha o hlahisa Balevi ka pela Jehova, Baiseraele ba behe matsoho a bona hodima Balevi.+ 11 Arone a fane ka* Balevi ka pela Jehova jwalo ka nyehelo e tsokwang+ e tswang ho Baiseraele mme ba tla etsa tshebeletso ya Jehova.+

12 Jwale Balevi ba tla beha matsoho a bona hodima dihlooho tsa dipoho.+ Ka mora moo, o fane ka poho e nngwe e le nyehelo ya sebe mme e nngwe e be nyehelo ya setjheso ya Jehova ho etsetsa Balevi sehlabelo sa tshwarelo ya dibe.+ 13 O etse hore Balevi ba eme ka pela Arone le bara ba hae mme o fane ka bona* jwalo ka nyehelo e tsokwang ho Jehova. 14 O kgethe Balevi hara Baiseraele mme Balevi e tla ba ba ka.+ 15 Ka mora moo, Balevi ba kene ho sebeletsa tenteng ya pokano. O ba hlwekise ka tsela ena le ho fana ka bona* jwalo ka nyehelo e tsokwang. 16 Ke ba fanweng, bao ke ba filweng hara Baiseraele. Ke tla inkela bona ho ena le ho nka matsibolo ohle a Baiseraele.+ 17 Matsibolo ohle hara Baiseraele ke a ka, a batho le a diphoofolo.+ Ke ile ka ikgethela ona* letsatsing leo ka lona ke ileng ka otla matsibolo ohle naheng ya Egepeta.+ 18 Ke tla nka Balevi ho ena le ho nka matsibolo ohle hara Baiseraele. 19 Ke tla fana ka Balevi e le ba filweng Arone le bara ba hae hara Baiseraele, hore ba etsetse Baiseraele tshebeletso tenteng ya pokano+ le hore ba etsetse Baiseraele mahlabelo a tshwarelo ya dibe, e le hore Baiseraele+ ba se ke ba hlahelwa ke ntho e mpe ka lebaka la ho atamela sebaka se halalelang.”

20 Moshe le Arone le setjhaba sohle sa Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se boleletse Moshe mabapi le Balevi. 21 Ka hoo, Balevi ba itlhwekisa mme ba hlatswa diaparo tsa bona.+ Ka mora moo, Arone a fana ka bona* jwalo ka nyehelo e tsokwang ka pela Jehova.+ Jwale Arone a ba etsetsa mahlabelo a tshwarelo ya dibe ho ba hlwekisa.+ 22 Ka mora moo, Balevi ba kena bakeng sa ho etsa tshebeletso ya bona tenteng ya pokano ka pela Arone le bara ba hae. Setjhaba sa etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe mabapi le Balevi.

23 Jwale Jehova a bua le Moshe, a re: 24 “Ditaba tse latelang ke tse amang Balevi: Banna ba dilemo di 25 ho ya hodimo, ba tla kena sehlopheng sa ba sebeletsang tenteng ya pokano. 25 Empa ha ba le dilemo di 50, ba kgaotse ho sebeletsa. 26 Ba ka nna ba sebeletsa bana ba bo bona ba etsang mesebetsi e etswang tenteng ya pokano empa bona ba se ke ba sebeletsa moo. O etse jwalo mabapi le Balevi le mesebetsi ya bona.”+

9 Jehova a bua le Moshe lefeelleng la Sinai ka kgwedi ya pele+ ya selemo sa bobedi ka mora hore ba tswe naheng ya Egepeta a re: 2 “Baiseraele ba lokise sehlabelo sa Paseka+ ka nako ya sona e behilweng.+ 3 Le se lokise ka letsatsi la bo14 la kgwedi ena ha letsatsi le dikela,* le se lokise ka nako ya sona e behilweng. E be ho ya ka ditaelo tsohle tsa sona le mekgwa ya sona e behilweng.”+

4 Moshe a bolella Baiseraele hore ba lokise sehlabelo sa Paseka. 5 Ka hoo, ba lokisa sehlabelo sa Paseka ka kgwedi ya pele, letsatsing la bo14 la kgwedi, ha letsatsi le dikela* lefeelleng la Sinai. Baiseraele ba etsa sohle seo Jehova a neng a se laetse Moshe.

6 Ho ne ho ena le banna ba neng ba sa hlweka ka lebaka la ho thetsa motho ya shweleng+ mme ba ne ba sa kgone ho lokisa sehlabelo sa Paseka ka letsatsi leo. Ka hoo, banna bao ba tla ho Moshe le Arone letsatsing leo+ 7 mme ba re ho Moshe: “Ha re a hlweka hobane re thetsitse motho ya shweleng. Jwale ke hobaneng ha seo se re thibela ho hlahisetsa Jehova nyehelo hara Baiseraele ka nako ya yona e behilweng?”+ 8 Yaba Moshe o re ho bona: “Emang moo ke yo utlwa hore na Jehova o reng ka taba ya lona.”+

9 Jwale Jehova a re ho Moshe: 10 “Bua le Baiseraele, o re, ‘Le hoja motho hara lona kapa ho meloko ya lona ya ka moso e ka ba ya sa hlwekang+ ka lebaka la ho thetsa motho ya shweleng kapa a le leetong mme a le hole, le yena a etsetse Jehova sehlabelo sa Paseka. 11 Ba se etse ka kgwedi ya bobedi,+ letsatsing la bo14, ha letsatsi le dikela.* Ba je sehlabelo seo ka mahobe a se nang tomoso le meroho e metala e babang.+ 12 Ba se ke ba siya letho la sehlabelo seo ho fihlela hoseng,+ mme ha ba a lokela ho roba lesapo le ha e le lefe la sona.+ Ba se etse ho ya ka ditaelo tsohle tse mabapi le Paseka. 13 Empa haeba motho a ne a hlwekile kapa a ne a se leetong mme a sa ka a etsa sehlabelo sa Paseka, jwale motho eo a bolawe hara setjhaba sa habo+ hobane ha a ka a hlahisa nyehelo ya Jehova ka nako ya yona e behilweng. Motho eo o tla arabella sebe sa hae.

14 Haeba moditjhaba a dula le lona, le yena a etsetse Jehova sehlabelo sa Paseka.+ A se etse ho ya ka ditaelo tsa Paseka le ho ya ka mokgwa wa yona o behilweng.+ Baiseraele le baditjhaba ba latele ditaelo tse tshwanang.’”+

15 Jwale ka letsatsi leo tabernakele e ileng ya hlongwa+ ka lona, leru le ile la kwahela tabernakele, e leng tente ya Bopaki empa mantsiboya ntho e kang mollo e ile ya dula hodima tabernakele ho fihlela hoseng.+ 16 Seo ke se neng se dula se etsahala. Leru le ne le e kwahela motshehare mme ntho e kang mollo e ne e e kwahela bosiu.+ 17 Neng kapa neng ha leru le phahama hodima tente, Baiseraele ba ne ba tsamaya hanghang.+ Moo leru le neng le dula teng, ke moo Baiseraele ba neng ba hloma ditente tsa bona teng.+ 18 Baiseraele ba ne ba tsamaya ho ya ka taelo ya Jehova mme ba hloma ditente tsa bona ho ya ka taelo ya Jehova.+ Ha feela leru le ne le dutse hodima tabernakele, ba ne ba dula ba hlomme ditente tsa bona. 19 Ha leru le ne le dula hodima tabernakele ka matsatsi a mangata, Baiseraele ba ne ba mamela Jehova mme ba sa tsamaye.+ 20 Ka dinako tse ding leru le ne le dula matsatsi a mmalwa hodima tabernakele. Ka taelo ya Jehova ba ne ba dula ba hlomme ditente tsa bona mme ka taelo ya Jehova ba ne ba tsamaya. 21 Ka dinako tse ding, leru le ne le dula ho tloha mantsiboya ho fihlela hoseng feela mme ha leru le phahama hoseng, ba ne ba tsamaya. Ebang e ne e le motshehare kapa bosiu, ha leru le phahama, ba ne ba tsamaya.+ 22 Ebang leru le ne le dula ka matsatsi a mabedi, kgwedi kapa ho feta moo, ha feela le dutse hodima tabernakele, Baiseraele ba ne ba dula ba hlomme ditente tsa bona mme ba sa tsamaye. Empa ha le phahama ba ne ba tsamaya. 23 Ba ne ba hloma ditente tsa bona ho ya ka taelo ya Jehova mme ba ne ba tsamaya ho ya ka taelo ya Jehova. Ba ile ba mamela Jehova ka ho etsa seo Jehova a neng a ba laetse sona ka Moshe.

10 Jehova a re ho Moshe: 2 “Iketsetse diterompeta+ tse pedi. O di etse ka silevera e tutsweng ka hamore mme o di sebedise ha o bitsa setjhaba le ha o se tsebisa ha e le nako ya ho hlomolla ditente. 3 Ha di letswa ka bobedi, setjhaba sohle se lokela ho tla ho wena monyako wa tente ya pokano.+ 4 Haeba ho letswa e le nngwe feela, dikgosana e leng dihlooho tsa ba dikete ba Iseraele, ke tsona feela tse tla tla ho wena.+

5 Ha le letsa terompeta le etsa modumo o lerata o fetofetohang, dihlopha tsa ba hlommeng ditente tsa bona ka botjhabela+ di tsamaye. 6 Ka lekgetlo la bobedi, ha le letsa terompeta le etsa modumo o lerata o fetofetohang, dihlopha tsa ba hlommeng ditente tsa bona ka borwa+ di tsamaye. Diterompeta di letswe ka tsela ena lekgetlo le leng le le leng ha se seng sa dihlopha se tsamaya.

7 Ha le bokella setjhaba, le letse diterompeta+ tseo empa le se ke la di letsa ka modumo o lerata o fetofetohang. 8 Bara ba Arone e leng baprista, ba letse diterompeta+ mme di sebediswe e le taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona melokong yohle ya lona.

9 Haeba le lokela ho lwantsha mohatelli ya le tshwenyang naheng ya lona, le letse modumo wa ntwa ka diterompeta+ mme Jehova Modimo wa lona o tla le utlwa mme a le pholose ho dira tsa lona.

10 Hape, dinakong tsa lona tsa ho thaba,+ e leng meketeng+ ya lona le ha kgwedi e nngwe le e nngwe e qala, le letse diterompeta bakeng sa dinyehelo tsa lona tsa setjheso+ le mahlabelo a lona a kopanetsweng.+ Modumo wa tsona o tla etsa hore Modimo a le hopole. Ke nna Jehova Modimo wa lona.”+

11 Jwale ka selemo sa bobedi, ka kgwedi ya bobedi, letsatsing la bo20 la kgwedi,+ leru la phahama hodima tabernakele+ ya Bopaki. 12 Ka hoo, Baiseraele ba tloha lefeelleng la Sinai ka mokgwa oo ho neng ho hlophisitswe hore ba tsamaye ka wona+ mme leru la dula lefeelleng la Parane.+ 13 Lena e ne e le lekgetlo la pele ba tloha ho ya ka taelo eo Jehova a e fileng Moshe.+

14 Ka hoo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Juda sa tloha pele ho ya ka dihlopha tsa sona.* Nashone+ mora wa Aminadabe o ne a okametse sehlopha seo. 15 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Isakare e ne e le Nethaniele+ mora wa Zuare. 16 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Zabulone e ne e le Eliabe+ mora wa Helone.

17 Ha tabernakele e theolwa,+ bara ba Gershone+ le bara ba Merari,+ ba neng ba jara tabernakele, ba ne ba tloha.

18 Ka mora moo, sehlopha sa maloko a mararo sa ba dulang diahelong tsa Rubene sa tloha ka dihlopha tsa sona.* Elizure+ mora wa Shedeure o ne a okametse sehlopha seo. 19 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Simeone e ne e le Shelumiele+ mora wa Zurishadai. 20 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Gade e ne e le Eliasafe+ mora wa Deuele.

21 Ka mora moo, Bakohathe ba neng ba jara thepa ya sehalalelo,+ ba tloha. Tabernakele e ne e lokela hore e be e se e hlonngwe ha ba fihla.

22 Ka mora moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Efraime sa tloha ka dihlopha tsa sona.* Elishama+ mora wa Amihude o ne a okametse sehlopha seo. 23 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Manase e ne e le Gamaliele+ mora wa Pedazure. 24 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Benjamine e ne e le Abidane+ mora wa Gideoni.

25 Ka mora moo, sehlopha sa maloko a mararo sa bara ba Dane sa tloha ka dihlopha tsa sona.* Ba ne ba le ka morao mme ba sireleditse dihlopha tse ding kaofela mme Akiezere+ mora wa Amishadai o ne a okametse sehlopha seo. 26 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Ashere e ne e le Pagiele+ mora wa Okrane. 27 Ya okametseng sehlopha sa leloko la bara ba Nefthali e ne e le Ahira+ mora wa Enane. 28 Ena ke tsela eo Baiseraele ba neng ba tloha ka yona ka dihlopha tsa bona* ha ba tsamaya.+

29 Moshe a re ho Hobabe mora wa Reuele*+ wa Momidiane, ntate wa mosadi wa Moshe: “Re a tsamaya, re ya sebakeng seo Jehova a tshepisitseng hore o tla re fa sona.+ Tsamaya le rona+ mme re tla o tshwara hantle hobane Jehova o tshepisitse Iseraele dintho tse ntle.”+ 30 Empa a re ho yena: “Nke ke ka tsamaya. Ke tla kgutlela naheng ya heso le ho ba leloko la heso.” 31 Yaba o re: “Ka kopo o se ke wa re siya hobane o tseba moo re lokelang ho hloma ditente tsa rona teng lefeelleng mme o ka re tataisa.* 32 Haeba o tsamaya le rona,+ ntho le ha e le efe e molemo eo Jehova a re etsetsang yona, le rona re tla o etsetsa yona.”

33 Ba tloha thabeng ya Jehova,+ ba nka leeto la matsatsi a mararo mme areka+ ya selekane sa Jehova e ne e tsamaya ka pela bona ka matsatsi a mararo ho ba batlela sebaka sa ho phomola.+ 34 Leru la Jehova+ le ne le le hodima bona motshehare ha ba tloha diahelong.

35 Neng kapa neng ha Areka e tloswa, Moshe o ne a re: “Etsa ho hong hle Jehova+ mme dira tsa hao di ke di hasanngwe. Ba o hloileng ba ke ba balehe ka pela hao.” 36 Ha e behwa fatshe, o ne a re: “Jehova, kgutlela ho dikete tse se nang palo* tsa Iseraele.”+

11 Setjhaba sa tletleba se halefile ka pela Jehova. Ha Jehova a se utlwa, a halefa haholo yaba mollo o tswang ho Jehova o tjhesa le ho fedisa ba bang qetellong ya diahelo. 2 Ha setjhaba se hweletsa ho Moshe, a etsa thapedi ho Jehova+ mme mollo wa tima. 3 Ka hoo, sebaka seo sa rehwa Tabera* hobane mollo o tswang ho Jehova o ne o ba tjhesitse.+

4 Jwale batho ba mefuta yohle*+ ba neng ba le hara setjhaba ba qala ho ba meharo.+ Baiseraele le bona ba boela ba lla hape ba re: “Ke mang ya tla re fa nama re je?+ 5 Ka nnete re hopotse tlhapi eo re neng re e ja mahala Egepeta le dikomkomere, mahapu, diliki,* dieie le konofolo.+ 6 Empa jwale re fellwa ke matla. Ha ho na letho leo re le bonang haese manna ana.”+

7 Manna+ a ne a tshwana le peo ya korianda+ mme mmala wa ona eka wa mamina a sefate.* 8 Setjhaba se ne se hasana se a thonaka mme se a sila malwaleng a letsoho kapa se a tula ka hara motulo. Ka mora moo, se ne se a pheha ka dipitseng kapa se a etsa mahobe a sedikadikwe+ mme tatso ya ona e ne e tshwana le ya dikuku tse monate tse nang le oli. 9 Ha phoka e theohela hodima diahelo bosiu, manna le ona a ne a theohela moo.+

10 Moshe a utlwa setjhaba se lla, lelapeng le leng le le leng, motho ka mong a le monyako wa tente ya hae. Jehova o ile a halefa haholo+ mme Moshe le yena o ne a sa thaba. 11 Jwale Moshe a re ho Jehova: “Ke hobaneng ha o utlwisitse mohlanka wa hao bohloko? Ke entse eng e sa o thabiseng, hoo o behileng morwalo wa setjhaba see sohle hodima ka?+ 12 Na ke emotse setjhaba see sohle? Na ke nna ya se tswetseng hoo o reng ho nna, ‘Se jare sefubeng sa hao feela jwalo ka ha mohlokomedi* a jara ngwana ya anyang,’ ho se isa naheng eo o ileng wa hlapanya hore o tla e fa baholoholo ba sona?+ 13 Ke tla nka nama kae hore ke e fe setjhaba see sohle? Se ntse se lla ka pela ka, se re, ‘Re fe nama, re je!’ 14 Ha ke kgone ho jara setjhaba sena sohle ke le mong. Se sengata haholo.+ 15 Haeba o tlo nketsa tjee, ke kopa o mpolaye hona jwale.+ Haeba o a nthata, etsa hore ke se ke ka hlola ke bona tlokotsi.”

16 Jehova a araba Moshe a re: “Mpokellele banna ba 70 hara baholo ba Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le balaodi ba setjhaba.+ O ba ise tenteng ya pokano mme ba eme moo le wena. 17 Ke tla theoha+ ebe ke bua le wena moo.+ Ke tla nka o mong wa moya wa ka o halalelang+ ho wena ke o behe ho bona mme ba tla o thusa ho jara morwalo wa setjhaba e le hore o se ke wa o jara o le mong.+ 18 O re ho setjhaba, ‘Itlhwekisetseng hosane+ ka ha le tla ja nama hobane le ile la lla hoo Jehova a ileng a le utlwa+ mme la re: “Ke mang ya tla re fa nama re je? Ho ne ho le monate ha re le Egepeta.”+ Jehova o tla le fa nama mme le tla e ja.+ 19 Le ke ke la e ja ka letsatsi le le leng, a mabedi, a mahlano, a leshome kapa a 20 20 empa le tla e ja kgwedi kaofela, ho fihlela e le tenne* le se le bile le e nyonya+ hobane le lahlile Jehova ya hara lona mme le ne le lla ka pela hae le re: “Ke hobaneng ha re tswile Egepeta?”’”+

21 Moshe a re: “Setjhaba seo ke leng hara sona se na le banna ba 600 000 ba tsamayang ka maoto*+ le ha ho le jwalo o itse, ‘Ke tla se fa nama mme se tla ja nama e ngata kgwedi kaofela.’ 22 Haeba ho ka hlajwa mehlape yohle ya dinku le ya dipodi le mehlape ya diphoofolo tse kgolo, na e tla se lekana? Le haeba ditlhapi tsohle tse lewatleng di ka tshwaswa, na di ka se lekana?”

23 Jehova a re ho Moshe: “Na Jehova a ka hloleha ho etsa ntho ee?*+ Jwale o tla bona hore na seo ke se buang se tla etsahala kapa tjhe.”

24 Ka hoo, Moshe a tswa mme a bolella setjhaba mantswe a Jehova. A bokella banna ba 70 ho baholo ba setjhaba mme a ba emisa ho potoloha tente ya pokano.+ 25 Jwale Jehova a theoha a le lerung,+ a bua le yena+ yaba o nka o mong wa moya o halalelang+ o neng o le ho yena mme o o beha ho baholo ba 70 kaofela. Eitse hang ha moya o theohela ho bona, ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta*+ empa ha ba a ka ba etsa jwalo hape.

26 Ho ne ho ena le banna ba babedi ba neng ba setse diahelong. Lebitso la e mong e le Eldade mme la e mong e le Medade. Moya o halalelang wa qala ho theohela ho bona ka ha ba ne ba le hara bao mabitso a bona a neng a ngotswe fatshe empa ba ne ba sa ya tenteng ya pokano. Ka hoo, ba qala ho itshwara jwalo ka baprofeta diahelong. 27 Mohlankana e mong a matha mme a tlalehela Moshe a re: “Eldade le Medade ba itshwere jwalo ka baprofeta diahelong!” 28 Jwale Joshua+ mora wa Nune, ya ileng a sebeletsa Moshe ho tloha e sa le mohlankana, a arabela a re: “Moshe morenaka, ba thibe!”+ 29 Empa Moshe a re ho yena: “O se ke wa tshwenyeha ka nna hobane ke lakatsa eka batho bohle ba Jehova e ne e ka ba baprofeta le hore Jehova a behe moya wa hae ho bona.” 30 Ha morao Moshe a kgutlela diahelong ha mmoho le baholo ba Iseraele.

31 Moya o tswang ho Jehova wa foka ka matla mme wa kganna dikwekwe* ho tloha lewatleng, wa di dihela hohle ho potoloha diahelo.+ Boholo ba sebaka seo di neng di se kwahetse ka mahlakoreng ohle a diahelo e ne e ka ba leeto la letsatsi mme di ne di tletse hoo di neng di ka etsa mithara* ho tloha fatshe. 32 Ka hoo, setjhaba sa ema letsatsi leo lohle le bosiu bohle le letsatsi lohle le hlahlamang mme sa bokella dikwekwe. Ha ho motho ya ileng a bokella tse ka tlase ho dinkgo tse leshome tse kgolohadi* mme ba nna ba di ala fatshe ho potoloha diahelo ka hohle. 33 Empa ha nama e ne e sa ntse e le pakeng tsa meno a bona, le pele ba ka e hlafuna, Jehova a halefela setjhaba seo haholo yaba Jehova o qala ho bolaya setjhaba ka polao e kgolo haholo.+

34 Ka hoo, ba reha sebaka seo lebitso la Kibrothe-hatava*+ hobane ke moo setjhaba se meharo se ileng sa patwa teng.+ 35 Setjhaba sa tloha Kibrothe-hatava sa ya Hazerothe mme sa dula Hazerothe.+

12 Miriame le Arone ba qala ho bua Moshe hampe ka lebaka la mosadi wa Mokushe eo Moshe a ileng a mo nyala.+ 2 Ba ne ba re: “Na Jehova o bua a sebedisa Moshe feela? Na ha a bue a sebedisa le rona?”+ Jehova o ne a mametse.+ 3 Monna enwa Moshe, o ne a le bonolo haholo ho feta batho bohle*+ ba teng lefatsheng.

4 Kapele Jehova a re ho Moshe le Arone le Miriame: “Tsamayang, ka boraro ba lona, le ye tenteng ya pokano.” Ka hoo, ba tsamaya ha mmoho ba le bararo. 5 Jehova a theoha a le lerung*+ yaba o ema monyako wa tente mme o bitsa Arone le Miriame. Yaba ba tla ba le babedi. 6 Jwale Modimo a re: “Ke kopa le mmamele. Haeba ho ne ho ena le moprofeta wa Jehova hara lona, ke ne ke tla itsebahatsa ho yena ponong+ mme ke ne ke tla bua le yena torong.+ 7 Empa ha ho jwalo ka mohlanka wa ka Moshe. Setjhaba sohle* sa ka se hlokomelwa ke yena.*+ 8 Ke bua le yena jwalo ka ha motho a bua le motho e mong,*+ ka tsela e hlakileng, eseng ka dilotho mme o bona ponahalo ya Jehova. Jwale ke hobaneng ha le sa ka la tshaba ho bua mohlanka wa ka Moshe hampe?”

9 Ka hoo, Jehova a ba halefela haholo mme a tloha pela bona. 10 Ha leru le tloha hodima tente, Miriame o ne a otlilwe ka lepera, a le mosweu jwalo ka lehlwa.+ Arone a sheba Miriame mme a bona hore o ne a otlilwe ka lepera.+ 11 Kapelepele Arone a re ho Moshe: “Ke a o kopa, morenaka! Ke kopa o se ke wa re tlohela hore re fuwe kotlo ka lebaka la sebe sena. Ntho eo re e entseng ke bowatla. 12 Ke kopa o se ke wa mo tlohela hore a dule a tshwana le ngwana ya hlahileng a shwele, eo karolo e nngwe ya nama ya hae e senyehileng.” 13 Moshe a hweletsa ho Jehova a re: “Ka kopo Modimo, mo fodise. Ke a o kopa hle!”+

14 Jehova a re ho Moshe: “Haeba ntate wa hae a ne a ka mo tshwela ka mathe sefahlehong, na o ne a ke ke a tlotloloha ka matsatsi a supileng? Jwale a ke a behellwe ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng+ mme ka mora moo a ka kgutlisetswa diahelong.” 15 Ka hoo, Miriame a behellwa ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng+ mme setjhaba ha se a ka sa tsamaya ho fihlela Miriame a kgutliseditswe diahelong. 16 Ka mora moo, setjhaba sa tloha Hazerothe+ mme sa hloma ditente lefeelleng la Parane.+

13 Jehova a bua le Moshe a re: 2 “Roma banna hore ba yo hlwela* naha ya Kanana eo ke e fang Baiseraele. Le rome monna a le mong ho tswa lelokong le leng le le leng,+ eo e leng kgosana lelokong la habo.”+

3 Ka hoo, ha ba le lefeelleng la Parane,+ Moshe a ba roma ho ya ka taelo ya Jehova. Banna bao bohle e ne e le dihlooho tsa Baiseraele. 4 Ana ke mabitso a bona: Lelokong la Rubene e le Shamua mora wa Zakure, 5 lelokong la Simeone e le Shafate mora wa Hori, 6 lelokong la Juda e le Kalebe+ mora wa Jefune, 7 lelokong la Isakare e le Igale mora wa Josefa, 8 lelokong la Efraime e le Hoshea+ mora wa Nune, 9 lelokong la Benjamine e le Palti mora wa Rafu, 10 lelokong la Zabulone e le Gadiele mora wa Sodi, 11 lelokong la Josefa,+ bakeng sa leloko la Manase+ e le Gaddi mora wa Susi, 12 lelokong la Dane e le Amiele mora wa Gemali, 13 lelokong la Ashere e le Sethure mora wa Mikaele, 14 lelokong la Nefthali e le Nabi mora wa Vofsi, 15 lelokong la Gade e le Geuele mora wa Maki. 16 Ana ke mabitso a banna bao Moshe a ileng a ba roma ho ya hlwela* naha. Moshe a reha Hoshea mora wa Nune lebitso la Joshua.*+

17 Ha Moshe a ba roma ho ya hlwela* naha ya Kanana, o ile a re ho bona: “Nyolohelang mane Negebe mme le nyolohele sebakeng se dithaba.+ 18 Le shebe hore na naha eo e jwang+ le hore na batho ba dulang ho yona ba matla kapa ba a fokola, ba mmalwa kapa ba bangata 19 le hore na naha eo e ntle kapa e mpe le hore na metse eo ba dulang ho yona e sireleditswe ka marako kapa tjhe. 20 Le shebe hore na naha eo e ruile* kapa e futsanehile*+ le hore na ho na le difate ho yona kapa tjhe. Le be sebete+ mme le nke tse ding tsa ditholwana tsa naha eo.” E ne e le nako eo morara wa pele o butswitseng ka yona.+

21 Ka hoo, ba nyoloha mme ba hlwela* naha ho tloha lefeelleng la Zine+ ho ya Rehobe+ haufi le Lebo-hamathe.*+ 22 Ha ba nyolohela Negebe ba fihla Hebrone+ moo Akimane, Sheshai le Talmai,+ e leng Baanake+ ba neng ba dula teng. Hebrone e ne e hahilwe dilemo tse supileng pele ho Zowane ya Egepeta. 23 Ha ba fihla Kgohlong* ya Eshkole,+ ba kgaola lekala le nang le morara o mongata, leo banna ba babedi ba neng ba lokela ho le jara hodima palo ha mmoho le dikgarenate le difeie.*+ 24 Ba reha sebaka seo Kgohlo ya Eshkole*+ ka lebaka la morara o mongata oo Baiseraele ba o kgileng moo.

25 Ka mora matsatsi a 40+ ba kgutla ho tswa hlwela* naha. 26 Ka hoo, ba kgutlela ho Moshe le Arone le ho setjhaba sohle sa Baiseraele lefeelleng la Parane, Kadeshe.+ Ba tlisa tlaleho ho setjhaba sohle mme ba se bontsha ditholwana tsa naha. 27 Ba tlalehela Moshe ba re: “Re kene naheng eo o re rometseng ho yona. E phalla lebese le mahe a dinotshi+ mme tsena ke ditholwana tsa yona.+ 28 Le ha ho le jwalo, batho ba dulang naheng eo ba matla mme metse ya bona e sireleditsweng ka marako e meholo haholo. Re bone le Baanake moo.+ 29 Baamaleke+ ba dula naheng ya Negebe+ mme Bahethe, Bajebuse+ le Baamore+ ba dula sebakeng se dithaba. Bakanana+ ba dula pela lewatle+ le pela Jordane.”

30 Jwale Kalebe a leka ho kgutsisa setjhaba ha se ntse se eme ka pela Moshe a re: “A re nyoloheng hanghang mme jwang kapa jwang re tla e hapa hobane re ka e hlola.”+ 31 Empa banna ba ileng ba nyoloha le yena ba re: “Re ke ke ra kgona ho lwantsha batho bao hobane ba matla ho re feta.”+ 32 Ba nna ba bolella Baiseraele dintho tse mpe+ ka naha eo ba tswang ho e hlwela* ba re: “Naha eo re tswang ho e hlahloba ke naha eo batho ba bolawang ho yona mme batho bohle bao re ba boneng ho yona ke batho ba boholo bo sa tlwaelehang.+ 33 Re bone Banefilime moo, bara ba Anake+ ba tswang ho* Banefilime. Ha re ipapisa le bona re ne re tshwana le ditsie.* Le bona ha ba re sheba ba ne ba bona re tshwana le ditsie.”

14 Setjhaba sohle sa hweletsa mme sa lla bosiu boo bohle.+ 2 Baiseraele bohle ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ mme setjhaba sohle sa bua le bona sa re: “Hoja ra shwella naheng ya Egepeta kapa ra shwella lefeelleng lena. 3 Ke hobaneng ha Jehova a re tlisa naheng ee hore re tlo bolawa ka sabole?+ Basadi ba rona le bana ba rona ba tla haptjwa.+ Na ha ho molemo hore re kgutlele Egepeta?”+ 4 Ba ne ba bile ba buisana ba re: “A re kgetheng moetapele mme re kgutleleng Egepeta.”+

5 Moshe le Arone ba kgumama mme ba inama ka pela setjhaba sohle se bokaneng sa Baiseraele. 6 Joshua+ mora wa Nune le Kalebe+ mora wa Jefune ba neng ba le hara ba ileng ba hlwela* naha, ba tabola diaparo tsa bona 7 yaba ba re ho setjhaba sohle sa Baiseraele: “Naha eo re tswang ho e hlwela* ke naha e ntle haholo.+ 8 Haeba re kgahlisa Jehova, o tla re kenya naheng ena mme a re fe yona, naha e phallang lebese le mahe a dinotshi.+ 9 Empa le se ke la fetohela Jehova mme le se ke la tshaba batho ba naha eo+ hobane re tla ba hlola ha bonolo.* Ha ba sa na letho le ba sireleditseng mme Jehova o na le rona.+ Le se ke la ba tshaba.”

10 Le ha ho le jwalo, setjhaba sohle sa re se tla ba tlepetsa ka majwe.+ Empa kganya ya Jehova ya hlaha tenteng ya pokano ho setjhaba sohle sa Iseraele.+

11 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Setjhaba see se tla ntlhompholla ho fihlela neng+ mme se tla hana ho dumela ho nna ho fihlela neng, ho sa tsotellehe dipontsho tsohle tseo ke di entseng hara sona?+ 12 Ere ke se otle ka lefu la sewa ebe ke a se leleka, ke o etse hore o be setjhaba se seholo le se matla ho se feta.”+

13 Empa Moshe a re ho Jehova: “Jwale Baegepeta bao o ntshitseng setjhaba sena hara bona ka matla a hao, ba tla utlwa+ 14 mme ba tla bolella baahi ba naha ena. Le bona ba utlwile hore wena Jehova, o hara setjhaba sena+ mme o itlhahisitse ho sona ka ho hlaka.*+ Ke wena Jehova mme leru la hao le eme hodima sona mme o tsamaya ka pela sona ka leru* motshehare le ka mollo* bosiu.+ 15 Haeba o ka bolaya setjhaba sena kaofela ka nako e le nngwe,* ditjhaba tse utlwileng ka botumo ba hao di tla re: 16 ‘Jehova o ne a sa kgone ho kenya setjhaba sena naheng eo a ileng a ikana hore o tla se fa yona. Ka hoo, o se bolaetse lefeelleng.’+ 17 Jwale ka kopo Jehova, matla a hao a ke a be maholo jwalo ka ha o tshepisitse ha o ne o re: 18 ‘Jehova, ya diehang ho halefa le ya nang le lerato,*+ ya tshwarelang phoso le tlolo empa ho hang a sa tlohele ya molato hore a se ke a fuwa kotlo, ya tlisang kotlo bakeng sa phoso ya bontate ho bara, ho moloko wa boraro le ho moloko wa bone.’+ 19 Ka kopo, tshwarela phoso ya setjhaba sena ka lebaka la lerato* la hao le leholo feela jwalo ka ha o tshwaretse setjhaba sena ho tloha Egepeta ho fihlela hona jwale.”+

20 Yaba Jehova o re: “Ke a ba tshwarela jwalo ka ha o kopile.+ 21 Empa ka lehlakoreng le leng, ke a ikana* hore lefatshe lohle le tla tlala kganya ya Jehova.+ 22 Le ha ho le jwalo, ha ho na motho le ya mong ya boneng kganya ya ka le dipontsho tsa ka+ tseo ke di entseng Egepeta le lefeelleng mme le ha ho le jwalo a nna a nteka+ ka makgetlo ana a leshome mme a sa ka a mamela lentswe la ka+ 23 ya tla bona naha eo ke hlapanyeditseng baholoholo ba bona hore ke tla ba fa yona. Ha ho le ya mong ya ntlhomphollang ya tla e bona.+ 24 Empa ka ha mohlanka wa ka Kalebe+ o ne a fapane le ba bang mme o ile a nna a ntatela ka pelo yohle, ke tla mo tlisa naheng eo a ileng a ya ho yona mme bana ba hae ba tla e rua.+ 25 Ka ha Baamaleke le Bakanana+ ba dutse kgohlong,* le lokela ho kgutla hosane mme le ye lefeelleng ka tsela ya Lewatle le Lefubedu.”+

26 Yaba Jehova o re ho Moshe le Arone: 27 “Setjhaba see se sa lokang se tla nne se nkorotlele ho fihlela neng?+ Ke utlwile dintho tseo Baiseraele ba nkorotlelang ka tsona.+ 28 Ere ho bona, ‘Jehova o re: “Ke hlapanya ka nna* hore ke tla le etsa ka tsela eo ke le utlwileng le bua ka yona.+ 29 Le tla shwella* lefeelleng lena,+ kaofela ha lona, bohle ba ileng ba nkorotlela ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba ileng ba ngodiswa.+ 30 Ha ho le ya mong wa lona ya tla kena naheng eo ke hlapantseng* hore le tla dula ho yona+ haese Kalebe mora wa Jefune le Joshua mora wa Nune.+

31 Bana ba lona bao le itseng ba tla haptjwa,+ ke tla ba tlisa naheng ena mme ba tla tseba naha eo le e lahlileng.+ 32 Empa lona le tla shwella lefeelleng lena. 33 Jwale bara ba lona e tla ba badisa lefeelleng ka dilemo tse 40+ mme ba tla lokela ho arabella diketso tsa lona tsa ho se tshepahale* ho fihlela setopo sa e mong le e mong wa lona se rapalla lefeelleng.+ 34 Ho ya ka palo ya matsatsi ao le ileng la hlwela* naha ka ona, matsatsi a 40,+ letsatsi bakeng sa selemo, letsatsi bakeng sa selemo, le tla arabella diphoso tsa lona ka dilemo tse 40.+ Le tla utlwa ditlamorao tsa ho ba kgahlanong le nna.*

35 Nna Jehova, ke buile. Ke tla etsa tjena ho setjhaba sena sohle se sa lokang, se bokaneng kgahlanong le nna: Se tla fella lefeelleng lena mme se tla shwella mona.+ 36 Banna bao Moshe a ba rometseng ho hlwela* naha le ba entseng hore setjhaba sohle se mo korotlele ha ba ne ba tlisa tlaleho e mpe ka naha eo,+ 37 banna bana ba ileng ba tlisa tlaleho e mpe ka naha eo, ba tla fuwa kotlo mme ba shwe ka pela Jehova.+ 38 Empa Joshua mora wa Nune le Kalebe mora wa Jefune, ba neng ba le hara ba tswang ho hlwela* naha, ba tla dula ba phela.”’”+

39 Ha Moshe a bolella Baiseraele bohle mantswe ana, ba utlwa bohloko haholo. 40 Ho feta moo, ba tsoha hoseng haholo mme ba leka ho nyolohela ka hodima thaba ba re: “Ke rona bana mme re se re itokiseditse ho nyolohela sebakeng seo Jehova a buileng ka sona hobane re entse sebe.”+ 41 Empa Moshe a re: “Ke hobaneng ha le tlola taelo ya Jehova? Ntho eo le batlang ho e etsa e ke ke ya atleha. 42 Le se ke la nyoloha hobane Jehova ha a yo hara lona mme dira tsa lona di tla le hlola.+ 43 Baamaleke le Bakanana ba teng ho kopana le lona+ mme le tla bolawa ka sabole. Ka ha le kgaoditse ho latela Jehova, Jehova le yena a ke ke a ba le lona.”+

44 Le ha ho le jwalo, ba ile ba eba manganga mme ba nyolohela ka hodima thaba+ empa areka ya selekane sa Jehova ha e a ka ya tloha hara diahelo le Moshe ha a ka a tloha.+ 45 Jwale Baamaleke le Bakanana ba neng ba dula thabeng ba theoha mme ba ba hlasela, ba ba hasanya ho ya fihla Horma.+

15 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 2 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Qetellong ha le fihla naheng eo ke le fang yona hore le dule ho yona,+ 3 le etsetse Jehova nyehelo ka mollo ho tswa mohlapeng wa diphoofolo tse kgolo kapa ho tswa mohlapeng wa dinku le dipodi e le hore le etsetse Jehova monko o monate.*+ Ebang ke nyehelo ya setjheso,+ sehlabelo bakeng sa ho phetha boitlamo bo kgethehileng, nyehelo ya boithaopo+ kapa nyehelo nakong ya mekete ya lona eo le e etsang ka dinako tse itseng,+ 4 ya tlisang nyehelo ya hae a boele a tlisetse Jehova nyehelo ya dijo,* e leng dilithara tse pedi* tsa phofo e sitsweng hantle,+ e kopantsweng le lithara e le nngwe* ya oli. 5 Hape le fane ka lithara* ya veine e le nyehelo ya seno ha mmoho le nyehelo ya setjheso+ kapa sehlabelo sa konyana ka nngwe e tona. 6 Bakeng sa ramo le lokela ho fana ka nyehelo ya dijo* ya phofo e sitsweng hantle ya dilithara tse nne le halofo,* e kopantsweng le oli e ka hodimonyana ho lithara.* 7 Le tlise veine e ka hodimonyana ho lithara* e le nyehelo ya seno e le monko o monate* ho Jehova.

8 Empa haeba o fana ka poho e tona ya mohlape e le nyehelo ya setjheso+ kapa e le sehlabelo sa ho phetha boitlamo+ bo kgethehileng kapa e le mahlabelo a kopanetsweng a Jehova,+ 9 o e tlise le nyehelo ya dijo*+ ya phofo e sitsweng hantle ya dilithara tse tsheletseng le halofo,* e kopantsweng le oli e batlileng e lekana le dilithara tse pedi.* 10 O tlise veine e batlileng e lekana le dilithara tse pedi bakeng sa nyehelo ya seno,+ e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.* 11 Le etse jwalo bakeng sa poho e nngwe le e nngwe, ramo e nngwe le e nngwe, konyana e nngwe le e nngwe e tona kapa podi e nngwe le e nngwe. 12 Le etse jwalo bakeng sa phoofolo e nngwe le e nngwe, ho sa tsotellehe hore na le fana ka diphoofolo tse kae. 13 Ena ke tsela eo ka yona Moiseraele e mong le e mong a lokelang ho fana ka nyehelo e tjhesetswang Jehova e monko o monate.*

14 Haeba moditjhaba ya dulang le lona kapa eo esale a ena le lona ka nako e telele a fana ka nyehelo ya mollo e monko o monate* ho Jehova, a etse feela jwalo ka ha le etsa.+ 15 Lona Baiseraele* le moditjhaba ya dulang le lona le latele taelo e tshwanang. Ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa meloko yohle ya lona. Ka pela Jehova lona le baditjhaba le a tshwana.+ 16 Ho tla ba le molao o tshwanang le qeto ya boahlodi e tshwanang bakeng sa lona le bakeng sa moditjhaba ya dulang le lona.’”

17 Jehova a re ho Moshe: 18 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Ha le fihla naheng eo ke le isang ho yona 19 mme le ja bohobe* ba naha+ eo, le fe Jehova monehelo. 20 Le fane ka monehelo wa mahobe a sedikadikwe a lesoba hare a entsweng ka phofo* ya pele ya dijo tsa lona tse kotutsweng pele.+ Le fane ka monehelo wa tsona ka tsela e kang ya monehelo wa seotlo.* 21 Le fane ka e nngwe ya phofo* ya pele ya dijo tsa lona tse kotutsweng pele e le monehelo ho Jehova melokong yohle ya lona.

22 Jwale haeba le etsa phoso mme le sa phethe ditaelo tsena tsohle tseo Jehova a di boleletseng Moshe, 23 e leng dintho tsohle tseo Jehova a le laetseng tsona ka Moshe ho tloha letsatsing leo ka lona Jehova a laetseng meloko ya lona ho ya pele, 24 haeba phoso e entswe mme setjhaba se sa tsebe ka yona, setjhaba sohle se fane ka pohwana e le nngwe e le nyehelo ya setjheso bakeng sa monko o monate* ho Jehova. Pohwana eo e tliswe ha mmoho le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng+ le potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe.+ 25 Moprista a etse sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe bakeng sa setjhaba sohle sa Baiseraele mme se tla tshwarelwa+ hobane e ne e le phoso ebile se tlisitse nyehelo ya sona e le nyehelo e etseditsweng Jehova ka mollo ha mmoho le nyehelo ya sona ya sebe ka pela Jehova bakeng sa diphoso tsa sona. 26 Setjhaba sohle sa Baiseraele se tla tshwarelwa ha mmoho le moditjhaba ya dulang hara sona hobane e bile phoso ya setjhaba sohle.

27 Haeba motho a etsa sebe ka phoso, jwale a tlise podi e tshehadi e nang le selemo bakeng sa nyehelo ya sebe.+ 28 Moprista a etse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe ka pela Jehova bakeng sa motho ya entseng phoso ka ho etsa sebe e se ka morero e le hore a tshwarelwe dibe tsa hae mme o tla tshwarelwa.+ 29 Haeba le entse sebe e se ka morero, ho lokela hore ho be le molao o tshwanang bakeng sa lona* le bakeng sa moditjhaba ya dulang hara lona.+

30 Empa motho ya etsang sebe ka boomo,+ ebang ke Moiseraele kapa ke moditjhaba o nyefola Jehova. A bolawe hara batho ba habo. 31 Motho eo a bolawe ka ha o nyefotse lentswe la Jehova mme o tlotse taelo ya hae.+ O molato bakeng sa phoso ya hae.’”+

32 Ha Baiseraele ba le lefeelleng, ba ile ba fumana monna e mong a ntse a rwalla patsi ka letsatsi la Sabatha.+ 33 Ba mo fumaneng a rwalla patsi ba mo tlisa ho Moshe le Arone le ho batho bohle.* 34 Ba mo beha ditlamong+ hobane ho ne ho sa ka ha bolelwa ka ho hlakileng hore na ho lokela hore ho etswe eng ka yena.

35 Jehova a re ho Moshe: “Monna eo a bolawe+ mme batho bohle* ba mo tlepetse ka majwe ka ntle ho diahelo.”+ 36 Ka hoo, batho bohle* ba mo isa ka ntle ho diahelo mme ba mo tlepetsa ka majwe hoo a ileng a shwa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

37 Jehova a re ho Moshe: 38 “Bua le Baiseraele mme o ba bolelle hore ba iketsetse ditjobo* mophethong wa diaparo tsa bona melokong yohle ya bona mme ba kenye kgwele e putswa ka hodima mophetho o ditjobo wa diaparo tsa bona.+ 39 ‘Le etse mophetho ona o ditjobo e le hore ha le o bona le hopole ditaelo tsohle tsa Jehova ebe le a di phetha.+ Le se ke la latela dipelo tsa lona le mahlo a lona hobane di etsa hore le se ke la ntshepahalla.*+ 40 Taelo ena e tla le thusa hore le hopole ditaelo tsohle tsa ka le be le di phethe mme le halalele ho Modimo wa lona.+ 41 Ke nna Jehova Modimo wa lona ya le ntshitseng naheng ya Egepeta e le hore ke be Modimo wa lona.+ Ke nna Jehova Modimo wa lona.’”+

16 Kora+ mora wa Izehare,+ mora wa Kohathe,+ mora wa Levi,+ a ema ha mmoho le Dathane le Abirame bara ba Eliabe+ le One mora wa Pelethe, wa bara ba Rubene.+ 2 Ba hanyetsa Moshe, ba ena le banna ba 250 ba Baiseraele, dikgosana tsa setjhaba, ba kgethilweng hara phutheho, banna ba tsebahalang. 3 Ka hoo, ba bokana ho hanyetsa+ Moshe le Arone yaba ba re ho bona: “Re kgathetse ke lona! Setjhaba sohle se a halalela,+ kaofela ha sona mme Jehova o hara sona.+ Jwale ke hobaneng ha le iphahamisetsa phutheho ya Jehova?”

4 Ha Moshe a utlwa sena, hanghang a kgumama mme a inamela fatshe. 5 Jwale a re ho Kora le ho batshehetsi bohle ba hae: “Hoseng Jehova o tla tsebahatsa eo e leng wa hae+ le ya halalelang le ya dumelletsweng ho mo atamela+ mme motho eo a tla mo kgetha,+ o tla dumellwa ho atamela ho yena. 6 Le etse tjena: Wena Kora le batshehetsi bohle ba hao,+ nkang dipane tsa mollo+ 7 le tshele mollo* ka hara tsona mme le tshele dibano ho tsona ka pela Jehova hosane. Motho eo Jehova a tla mo kgetha,+ ke yena ya halalelang. Lona bara ba Levi,+ jwale le se le fetelletse!”

8 Yaba Moshe o re ho Kora: “Ke kopa le mmamele lona bara ba Levi. 9 Na le nka e le ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele,+ o le dumelletse hore le atamele ho yena, e le hore le ka etsa tshebeletso ya tabernakele ya Jehova le ho ema ka pela setjhaba ho se sebeletsa?+ 10 Na le nka e le ntho e nyenyane hore ebe o entse hore lona ha mmoho le bana ba bo lona bohle, lona bara ba Levi, le atamele haufi le yena? Na le boetse le batla ho leka ho fumana boprista?+ 11 Ka lebaka leo, wena le batshehetsi bohle ba hao ba bokaneng le hanyetsa Jehova. Ha e le Arone, e ne e boetse e le mang hore le mo korotlele?”+

12 Ha morao Moshe a romeletsa hore ho bitswe Dathane le Abirame+ bara ba Eliabe empa ba re: “Re ke ke ra tla! 13 Na ke ntho e nyenyane hore ebe o re ntshitse naheng e phallang lebese le mahe a dinotshi ho tla re bolaela lefeelleng?+ Na jwale o boetse o batla ho re busa ka ho feletseng?* 14 E kae naha e phallang lebese le mahe a dinotshi+ eo o itseng o tla re isa ho yona e le hore o re fe lefa la naha le serapa sa morara? Na o tla honya mahlo a banna bao? Re ke ke ra tla!”

15 Ka hoo, Moshe a halefa haholo mme a re ho Jehova: “O se ke wa amohela nyehelo ya bona ya dijo.* Ha ke a nka le ha e le tonki e le nngwe ya bona kapa ka lematsa le ya mong wa bona.”+

16 Jwale Moshe a re ho Kora: “Hosane o itlhahise le batshehetsi bohle ba hao ka pela Jehova, wena le bona le Arone. 17 E mong le e mong a nke pane ya hae ya mollo mme a tshele dibano ka hara yona mme e mong le e mong a hlahise pane ya hae ya mollo ka pela Jehova, e be dipane tsa mollo tse 250. Wena ha mmoho le Arone le nke dipane tsa lona tsa mollo.” 18 Ka hoo, e mong le e mong wa bona a nka pane ya hae ya mollo mme ba tshela mollo* le dibano ka hara tsona yaba ba ema monyako wa tente ya pokano ha mmoho le Moshe le Arone. 19 Ha Kora a se a bokeletse batshehetsi+ ba hae ho tla hanyetsana le Moshe le Arone monyako wa tente ya pokano, kganya ya Jehova ya bonahala ho setjhaba sohle.+

20 Jwale Jehova a re ho Moshe le Arone: 21 “Ikaroleng ho sehlopha sena e le hore ke se fedise hanghang.”+ 22 Ka hoo, ba kgumama mme ba inamisa dihlooho, ba re: “Oho hle Modimo, wena ya fanang ka bophelo ho batho bohle,+ na sebe sa motho a le mong se tla etsa hore o halefele setjhaba sohle?”+

23 Yaba Jehova o re ho Moshe: 24 “Bua le setjhaba mme o re ho sona, ‘Tlohang ditenteng tsa Kora, Dathane le Abirame!’”+

25 Moshe a ema a ya ho Dathane le Abirame. Baholo+ ba Iseraele ba ya le yena. 26 A re ho setjhaba: “Ke kopa le tlohe pela ditente tsa banna bana ba kgopo mme le se ke la thetsa ntho le ha e le efe ya bona e le hore le se ke la fediswa ka lebaka la dibe tsa bona.” 27 Kapelepele ba tloha pela ditente tsa Kora, Dathane le Abirame ka mahlakoreng ohle. Yaba Dathane le Abirame ba a tswa mme ba ema menyako ya ditente tsa bona ha mmoho le basadi ba bona, bara ba bona le bana ba bona ba banyenyane.

28 Jwale Moshe a re: “Le tla tseba ka sena hore Jehova o nthometse ho etsa dintho tsena tsohle le hore ha di itswele pelong ya ka:* 29 Haeba batho bana ba shwa ka tsela e tlwaelehileng jwalo ka batho ba bang kaofela mme haeba ba fuwa kotlo e tshwanang le ya batho bohle, jwale etlaba ha ke a rongwa ke Jehova.+ 30 Empa haeba Jehova a etsa ntho e sa tlwaelehang ka bona mme lefatshe le buleha* le ba kwenya ha mmoho le ntho e nngwe le e nngwe ya bona mme ba theohela Lebitleng* ba ntse ba phela, le tla tseba hore banna bana ba hlomphollotse Jehova.”

31 Hang ha a qeta ho bua mantswe ana ohle, lefatshe le tlasa bona la petsoha.+ 32 Lefatshe la buleha* mme la ba kwenya ha mmoho le malapa a bona, batho bohle ba Kora+ le thepa yohle ya bona. 33 Ka hoo, bona ha mmoho le bohle ba neng ba ba tshehetsa ba theohela Lebitleng* ba phela, lefatshe la ba kwahela mme ba ile ba fediswa hara phutheho.+ 34 Baiseraele bohle ba neng ba ba potolohile ba baleha ha ba utlwa ba hweletsa. Ba ne ba re: “Re tshaba hore lefatshe le ka tloha la re kwenya!” 35 Yaba ho ba le mollo o tswang ho Jehova+ mme wa tjhesa banna ba 250 ba neng ba nyehela dibano.+

36 Jehova a re ho Moshe: 37 “Bolella Eleazare mora wa moprista Arone hore a ntshe dipane tsa mollo+ ka hara mollo hobane di a halalela. Hape o mo bolelle hore a qhalle mollo* oo hole. 38 Dipane tsa mollo tsa banna bao ba entseng sebe yaba ba a shwa, di etswe masenke a masesaane a tla manehwa aletareng+ hobane ba di hlahisitse ka pela Jehova mme di ile tsa halalela. E lokela ho ba pontsho ho Baiseraele.”+ 39 Ka hoo, moprista Eleazare a nka dipane tsa mollo tsa koporo tse neng di hlahisitswe ke ba ileng ba tjheswa mme a di tula bakeng sa ho di manamisa aletareng 40 feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile le yena ka Moshe. E ne e le ntho e hopotsang Baiseraele hore motho ya sa dumellwang* ha a lokela ho atamela hore a tjhese dibano ka pela Jehova,+ le hore ho se ke ha eba le motho ya tshwanang le Kora le batshehetsi ba hae.+

41 Letsatsing le hlahlamang, Baiseraele kaofela ba qala ho korotlela Moshe le Arone+ ba re: “Lona ba babedi, le bolaile batho ba Jehova.” 42 Ha batho ba se ba bokane ha mmoho ba hanyetsana le Moshe le Arone, ba sheba tente ya pokano mme e ne e kwahetswe ke leru yaba kganya ya Jehova e a bonahala.+

43 Moshe le Arone ba ya ka pela tente ya pokano+ 44 mme Jehova a re ho Moshe: 45 “Tlohang hara batho bana e le hore ke ba fedise hanghang.”+ Ha ba utlwa sena ba kgumama mme ba inamisa dihlooho.+ 46 Yaba Moshe o re ho Arone: “Nka pane ya mollo mme o tshele mollo* o tswang aletareng+ ka ho yona. O tshele dibano hodima wona ebe o ya ho setjhaba ka potlako, o se etsetse sehlabelo sa tshwarelo ya dibe+ hobane Jehova o halefile haholo. Bolwetse bo kotsi bo qadile!” 47 Hanghang Arone a e nka feela jwalo ka ha Moshe a ne a buile mme a mathela hara phutheho. Bolwetse bo ne bo se bo qadile hara setjhaba. Ka hoo, a tshela dibano ka hara pane ya mollo mme a etsetsa setjhaba sehlabelo sa tshwarelo ya dibe. 48 A ema pakeng tsa ba shweleng le ba phelang mme qetellong bolwetse bo bolayang ba fela. 49 Batho ba ileng ba bolawa ke bolwetse boo ba ne ba le 14 700, ntle le batho ba shweleng ka lebaka la Kora. 50 Qetellong ha Arone a kgutlela ho Moshe monyako wa tente ya pokano, bolwetse bo bolayang bo ne bo fedile.

17 Jehova a re ho Moshe: 2 “Bua le Baiseraele mme o nke molamu o le mong lelokong le leng le le leng la bona, ho dikgosana tsa leloko ka leng+ mme kaofela e be melamu e 12. O ngole lebitso la e mong le e mong molamung wa hae. 3 O ngole lebitso la Arone molamung wa Levi hobane ho na le molamu o le mong bakeng sa hlooho ya leloko ka leng. 4 O behe melamu eo ka tenteng ya pokano ka pela Bopaki,+ moo ke itlhahisang teng ho wena ka mehla.+ 5 Molamu wa monna eo ke mo kgethang+ o tla ba le dithunthung mme ke tla etsa hore Baiseraele ba kgaotse ho nkorotlela+ jwalo ka ha le lona ba le korotlela.”+

6 Ka hoo, Moshe a bua le Baiseraele mme dikgosana tsohle tsa bona tsa mo fa melamu, molamu bakeng sa kgosana e nngwe le e nngwe ya leloko ka leng, ya eba melamu e 12 mme molamu wa Arone o ne o le hara melamu ya bona. 7 Jwale Moshe a beha melamu eo ka pela Jehova ka tenteng ya Bopaki.

8 Ka letsatsi le hlahlamang, ha Moshe a kena ka tenteng ya Bopaki, a bona molamu wa Arone o emelang lelapa la Levi o ena le dithunthung, o hlahisitse dithunthung, o thuntse dipalesa o bile o ena le dialmonde tse butswitseng. 9 Jwale Moshe a ntsha melamu yohle ka pela Jehova a e tlisa ho batho bohle ba Iseraele. Ba e sheba mme monna e mong le e mong a nka molamu wa hae.

10 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone+ ka pela Bopaki hore o bolokwe e le pontsho+ bakeng sa marabele+ e le hore ba tle ba kgaotse ho nkorotlela le hore ba se ke ba shwa.” 11 Hanghang Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. A fela a etsa jwalo.

12 Baiseraele ba re ho Moshe: “Jwale re tlo shwa, re tlo fediswa, kaofela re tlo fediswa. 13 Mang kapa mang ya atamelang tabernakele ya Jehova o tla shwa.+ Na re tla qetella re shwele ka tsela eo?”+

18 Jehova a re ho Arone: “Wena le bara ba hao ha mmoho le ditloholo tsa hao le tla ikarabella ka diphoso tse etswang sehalalelong+ mme wena le bara ba hao le tla ikarabella ka diphoso tse tla etsahala mosebetsing wa lona wa boprista.+ 2 Hape o atametse bana beno ba leloko la Levi, leloko la ntate wa hao e le hore ba o thuse mme ba sebeletse wena+ le bara ba hao ka pela tente ya Bopaki.+ 3 Ba tla etsa mosebetsi oo o ba fang wona ha mmoho le mosebetsi o amanang le tshebeletso yohle ya tente.+ Le ha ho le jwalo, ba se ke ba atamela disebediswa tsa sebaka se halalelang le aletare e le hore wena le bona le se ke la shwa.+ 4 Ba tla o thusa mme ba etse mesebetsi ya bona e amanang le tente ya pokano le tshebeletso yohle ya tente. Motho ya sa dumellwang* a se ke a le atamela.+ 5 Le etse mosebetsi wa lona wa sebaka se halalelang+ le wa aletare+ e le hore ke se ke ka halefela+ batho ba Iseraele le ho feta. 6 Ke nkile bana ba bo lona, e leng Balevi, hara Baiseraele e le mpho ya lona.+ Ba filwe Jehova hore ba etse tshebeletso ya tente ya pokano.+ 7 Boikarabelo ba hao le ba bara ba hao ke ho etsa mesebetsi ya lona ya boprista e amanang le aletare le se ka hara kgaretene.+ Le lokela ho etsa tshebeletso ena.+ Ke le file tshebeletso ya boprista e le mpho. Motho ya sa dumellwang* ya tla atamela sehalalelo, o tla bolawa.”+

8 Jehova a tswela pele ho bua le Arone a re: “Ke o fa boikarabelo ba ho hlokomela menehelo eo ke e etsetswang.+ Ke file wena le bara ba hao karolo ya dintho tsohle tse halalelang tseo Baiseraele ba faneng ka tsona e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ 9 Ho dinyehelo tse halalelang ka ho fetisisa tse tjheswang ka mollo, tsena e tla ba tsa hao: Dinyehelo tsohle tseo ba di etsang, ho akarelletsa le dinyehelo tsa bona tsa dijo*+ le dinyehelo tsa bona tsa sebe+ le dinyehelo tsa bona tsa molato+ tseo ba tla di tlisa ho nna. Ke ntho e halalelang ka ho fetisisa bakeng sa hao le bakeng sa bara ba hao. 10 O e jelle sebakeng se halalelang ka ho fetisisa.+ Bohle ba batona ba ka e ja. E tla ba ntho e halalelang ho wena.+ 11 Dintho tsena le tsona ke tsa hao: Dimpho tseo ba fanang ka tsona+ ha mmoho le dinyehelo tsohle tse tsokwang+ tsa Baiseraele. Ke di file wena le bara ba hao le baradi ba hao e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ E mong le e mong ya hlwekileng ka tlung ya hao a ka di ja.+

12 Dihlahiswa tsa bona tsa pele tseo ba di fang Jehova tsa oli yohle e ntlehadi,+ veine yohle e ntjha e monate ka ho fetisisa le koro,* ke o fa tsona.+ 13 Dihlahiswa tsa pele tse butswitseng tsa dintho tsohle tse tswang naheng ya bona tseo ba tla di tlisa ho Jehova, e tla ba tsa hao.+ E mong le e mong ya hlwekileng ka tlung ya hao a ka di ja.

14 Ntho e nngwe le e nngwe e nehetsweng ho Modimo Iseraeleng* ke ya hao.+

15 Letsibolo le leng le le leng la dintho tsohle tse phelang+ leo ba le hlahisang ho Jehova, ebang ke la motho kapa la phoofolo, e tla ba la hao. Le ha ho le jwalo, o lopolle matsibolo+ a batho le matsibolo a diphoofolo tse sa hlwekang.+ 16 O lopolle matsibolo ao ka tefo ya topollo ha a ena le kgwedi ho ya hodimo, ka tefo e lekantsweng ya dikramo tse 57* tsa silevera,+ ho ya ka tekanyo e sebediswang sebakeng se halalelang.* Tekanyo e sebediswang e lekana le dikramo tse ka bang 11.* 17 Ke feela letsibolo la poho kapa letsibolo la konyana e tona kapa letsibolo la podi leo o sa lokelang ho le lopolla.+ Ke dintho tse halalelang. O fafatse madi a tsona aletareng+ mme o etse hore mafura a tsona a kubelle e le nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.*+ 18 Nama ya tsona e lokela ho ba ya hao jwalo ka sefuba sa nyehelo e tsokwang le jwalo ka leoto le letona.+ 19 Menehelo yohle e halalelang eo Baiseraele ba tla e nehela ho Jehova,+ ke o file yona le bara ba hao le baradi ba hao e le kabelo eo le tla dula le e fumana.+ Ke selekane sa letswai* se tla dula se le teng ka pela Jehova bakeng sa hao ha mmoho le bana ba hao.”

20 Jehova a re ho Arone: “O ke ke wa ba le lefa naheng ya bona mme ha ho karolo ya naha ya bona eo e tla ba ya hao.+ Ke nna karolo ya hao le lefa la hao hara Baiseraele.+

21 Ke file bara ba Levi karolo e nngwe le e nngwe ya leshome+ Iseraeleng e le lefa bakeng sa tshebeletso eo ba e etsang, e leng tshebeletso ya tente ya pokano. 22 Batho ba Iseraele ba se ke ba hlola ba atamela tente ya pokano, ho seng jwalo ba tla ba le sebe mme ba tla shwa. 23 Balevi ba etse tshebeletso ya tente ya pokano. Ke bona ba tla arabella diphoso tsa batho ba Iseraele.+ Taelo ya hore ha ba a lokela ho ba le lefa hara Baiseraele, e tla dula e le teng melokong yohle ya lona.+ 24 Lefa leo ke le fileng Balevi ke karolo ya leshome eo batho ba Iseraele ba faneng ka yona, eo ba tla e fa Jehova. Ke ka lebaka leo ke itseng ho bona, ‘Ha ba a lokela ho ba le lefa hara Baiseraele.’”+

25 Yaba Jehova o re ho Moshe: 26 “O re ho Balevi, ‘Baiseraele ba tla le fa karolo ya leshome eo ke le fileng yona bakeng sa lefa la lona+ mme ho tswa karolong eo ya leshome le lokela ho nehela karolo ya leshome e le monehelo ho Jehova.+ 27 E tla nkwa e le monehelo wa lona, jwalo ka ha eka ke koro* ya seotlong+ kapa dihlahiswa tse feletseng tsa sehatelo sa veine kapa sa oli. 28 Ka tsela ena le lona le tla fana ka monehelo ho Jehova bakeng sa dikarolo tsohle tsa leshome tseo le di amohelang ho Baiseraele mme ho tswa ho tsona le lokela ho fana ka monehelo bakeng sa Jehova o yang ho moprista Arone. 29 Le nehele ho Jehova monehelo wa mofuta o mong le o mong ho tswa ho dimpho tsohle tse ntlehadi tseo le di filweng+ e le ntho e halalelang.’

30 O re ho bona, ‘Ha le fana ka tse ntlehadi tsa tsona, tse salang e tla ba tsa lona Balevi jwalo ka ha eka ke dihlahiswa tsa seotlo sa lona le dihlahiswa tsa sehatelo sa lona sa veine kapa sa oli. 31 Lona le ba ntlo ya lona le ka di jella sebakeng se seng le se seng hobane ke moputso wa lona bakeng sa tshebeletso ya lona eo le e etsang tenteng ya pokano.+ 32 Le ke ke la ba le sebe ho sena ha feela le nehela tse ntlehadi tsa tsona mme le se ke la silafatsa dintho tse halalelang tsa Baiseraele, ho seng jwalo le tla shwa.’”+

19 Jehova a boela a bua le Moshe le Arone a re: 2 “Ona ke molao oo Jehova a faneng ka wona a re, ‘Bolella Baiseraele hore ba le nkele kgomo e phetseng hantle e mmala o mofubedu* e se nang bokowa+ le e sa kang ya jara joko. 3 Le e fe moprista Eleazare, a e ise ka ntle ho diahelo mme e hlajwe ka pela hae. 4 Jwale moprista Eleazare a nke madi a mang a yona ka monwana mme a fafatse madi a yona ka makgetlo a supileng ka ho toba ka pela tente ya pokano.+ 5 Ka mora moo, kgomo eo e tjheswe ka pela mahlo a hae. Lekoko la yona, nama ya yona, madi a yona ha mmoho le bolokwe ba yona di tjheswe.+ 6 Moprista a nke patsi ya kedare, hisopa*+ le lesela le lefubedu* mme a di lahlele ka mollong oo kgomo e tjhesetswang ho wona. 7 Ka mora moo, moprista a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi ebe o kena diahelong. Empa moprista o tla be a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.

8 Ya tjhesitseng kgomo o tla hlatswa diaparo tsa hae metsing mme a itlhatswe ka metsi mme o tla be a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.

9 Motho ya hlwekileng a bokelle molora wa kgomo+ eo mme a o behe ka ntle ho diahelo sebakeng se hlwekileng mme setjhaba sa Baiseraele se o boloke e le hore se tle se o tswake le metsi a tla sebedisetswa ho hlwekisa.+ Ke nyehelo ya sebe. 10 Ya bokellang molora wa kgomo a hlatswe diaparo tsa hae ebe o dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.

Ena e tla ba taelo e tla dula e le teng ho Baiseraele le ho baditjhaba ba dulang hara bona.+ 11 Mang kapa mang ya thetsang motho ya shweleng o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng.+ 12 Ka letsatsi la boraro motho eo o lokela ho itlhwekisa ka metsi a hlwekisang mme ka letsatsi la bosupa o tla hlweka. Empa haeba a sa itlhwekise ka letsatsi la boraro, ka letsatsi la bosupa a ke ke a hlweka. 13 Motho e mong le e mong ya thetsang setopo sa motho mme a sa itlhwekise, o silafaditse tabernakele ya Jehova+ mme motho eo a bolawe Iseraele.+ O tla dula a sa hlweka hobane ha a ka a fafatswa ka metsi a hlwekisang.+

14 Ona ke molao o tla sebediswa haeba motho a ka shwella ka tenteng: Motho e mong le e mong ya kenang ka tenteng le e mong le e mong ya neng a se a le ka tenteng o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng. 15 Dijana tsohle tse sa kwahelwang ka sekwahelo se faselleditsweng ho tsona ha di a hlweka.+ 16 Motho e mong le e mong ya naheng ya thetsang motho ya bolailweng ka sabole kapa ya thetsang setopo, lesapo la motho ya shweleng kapa lebitla, o tla dula a sa hlweka ka matsatsi a supileng.+ 17 Ba nkele motho ya sa hlwekang o mong wa molora wa nyehelo ya sebe e ileng ya tjheswa mme ba tshele metsi a matjha hodima wona ka sejaneng. 18 Jwale motho ya hlwekileng+ a nke hisopa+ mme a e qopetse ka hara metsi mme ka wona a fafatse tente le dijana tsohle ha mmoho le batho ba neng ba le moo le motho ya ammeng masapo a motho ya shweleng kapa ya ammeng motho ya bolailweng kapa setopo kapa lebitla. 19 Motho ya hlwekileng a fafatse ya sa hlwekang ka wona ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa.+ A mo hlwekise sebeng ka letsatsi la bosupa, ka mora moo a hlatswe diaparo tsa hae mme a itlhatswe ka metsi mme o tla hlweka mantsiboya.

20 Empa motho ya sa hlwekang mme a sa itlhwekise, a bolawe hara phutheho+ hobane o silafaditse sehalalelo sa Jehova. Ha a ka a fafatswa ka metsi a hlwekisang, ka hoo ha a a hlweka.

21 Taelo ena e tla dula e le teng bakeng sa bona: Ya fafatsang metsi a hlwekisang a hlatswe diaparo tsa hae mme ya thetsang metsi a hlwekisang,+ o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya. 22 Ntho le ha e le efe eo motho ya sa hlwekang a e thetsang e tla dula e sa hlweka mme motho ya e thetsang o tla dula a sa hlweka ho fihlela mantsiboya.’”+

20 Ka kgwedi ya pele, setjhaba sohle sa Baiseraele sa fihla lefeelleng la Zine mme sa dula Kadeshe.+ Ke hona moo Miriame+ a ileng a shwella teng mme a patwa teng.

2 Jwale ho ne ho se na metsi bakeng sa setjhaba+ yaba se ikopanya hore se hanyetse Moshe le Arone. 3 Setjhaba sa qabana le Moshe+ sa re: “Hoja ra shwa ha bana ba bo rona ba ne ba shwella ka pela Jehova. 4 Ke hobaneng ha le tlisitse phutheho ya Jehova lefeelleng lee hore re tlo shwella moo le diphoofolo tsa rona?+ 5 Ke hobaneng ha le re ntshitse Egepeta la re tlisa sebakeng see se sebe?+ Ha se sebaka seo re ka lemang peo ho sona, difeie,* difate tsa morara le dikgarenate ebile ha ho na metsi a nowang.”+ 6 Moshe le Arone ba tloha ka pela phutheho ba tla monyako wa tente ya pokano, ba fihla ba kgumama ba inamisitse dihlooho yaba kganya ya Jehova e qala ho bonahala ho bona.+

7 Yaba Jehova o re ho Moshe: 8 “Nka molamu ebe wena le abuti wa hao Arone le bokella setjhaba. Le bue le lefika e le hore le fane ka metsi setjhaba se ntse se shebile. Metsi a tla tswa lefikeng, le a fe setjhaba le diphoofolo tsa sona e le hore di nwe.”+

9 Ka hoo, Moshe a nka molamu ka pela Jehova+ feela jwalo ka ha a ne a mo laetse. 10 Yaba Moshe le Arone ba bitsetsa phutheho ka pela lefika. Moshe a re ho yona: “Mamelang lona marabele! Re le ntshetse metsi lefikeng lee?”+ 11 Moshe a phahamisa letsoho a otla lefika habedi ka molamu wa hae. Metsi a tswa a le mangata yaba setjhaba se nwa metsi le diphoofolo tsa sona.+

12 Ha morao Jehova a re ho Moshe le Arone: “Ka ha ha le a ka la bontsha tumelo ho nna le ho nkgalaletsa ka pela setjhaba sa Iseraele, le ke ke la kenya phutheho ena naheng eo ke tla e fa yona.”+ 13 Ana ke metsi a Meriba*+ moo Baiseraele ba ileng ba qabana le Jehova, hoo a ileng a ikgalaletsa hara bona.

14 Ka mora moo, Moshe a romela baromuwa hore ba ye ho morena wa Edomo+ ha ba le Kadeshe ba re: “Ngwaneno Iseraele+ o re, ‘O tseba hantle ditsietsi tsohle tse re hlahetseng. 15 Bontate ba rona ba ile ba ya Egepeta+ mme ra dula Egepeta ka dilemo* tse ngata+ mme Baegepeta ba re tshwara hampe le bontate ba rona.+ 16 Qetellong ra hweletsa ho Jehova+ yaba o a re utlwa mme a romela lengeloi+ ho re ntsha Egepeta mme ke rona bana re Kadeshe, motse o qetellong ya naha ya hao. 17 Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao. Re ke ke ra feta hara masimo a hao kapa hara dirapa tsa hao tsa morara ebile re ke ke ra nwa metsi a didiba tsa hao. Re tla tsamaya Tseleng ya Morena* re sa kgelohele ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi ho fihlela re fetile naheng ya hao.’”+

18 Le ha ho le jwalo, morena wa Edomo a re ho bona: “Le se ke la feta naheng ya ka. Haeba le ka feta ke tla le hlasela.” 19 Baiseraele ba re ho yena: “Re tla nyoloha ka tsela e kgolo mme haeba rona le diphoofolo tsa rona re nwa metsi a hao, re tla a patala.+ Ha re batle letho le leng haese hore re fete re itsamaela ka maoto.”+ 20 Ho ntse ho le jwalo a re: “Le se ke la feta.”+ Yaba morena wa Edomo o a tswa ho tla kopana le bona a ena le batho ba bangata le lebotho la sesole* le matla. 21 Morena wa Edomo a hana ho dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ka hoo Baiseraele ba mo tlohela.+

22 Setjhaba sohle sa Iseraele sa tloha Kadeshe mme sa fihla Thabeng ya Hore.+ 23 Ha Moshe le Arone ba le Thabeng ya Hore, qetellong ya naha ya Edomo, Jehova a re ho bona: 24 “Arone o tla shwa.*+ A ke ke a kena naheng eo ke tla e fa Baiseraele hobane ka bobedi ba lona le fetohetse taelo ya ka mabapi le metsi a Meriba.+ 25 Nka Arone le mora wa hae Eleazare mme o ba nyollele Thabeng ya Hore. 26 O hlobodise Arone diaparo*+ tsa hae o di apese mora wa hae Eleazare+ mme Arone o tla shwella moo.”

27 Ka hoo, Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse mme ba hlwa Thaba ya Hore setjhaba sohle se ba shebile. 28 Jwale Moshe a hlobodisa Arone diaparo tsa hae mme a di apesa mora wa hae Eleazare. Ka mora moo, Arone a shwella moo ka hodima thaba.+ Yaba Moshe le Eleazare ba theoha thabeng. 29 Ha setjhaba sohle se bona hore Arone o shwele, Baiseraele bohle ba llela Arone ka matsatsi a 30.+

21 Ha morena wa Arade+ wa Mokanana ya neng a dula Negebe a utlwa hore Baiseraele ba tlile ka tsela ya Atharime, a lwantsha Baiseraele mme a nka ba bang ba bona hore e be batlamuwa. 2 Ka hoo, Baiseraele ba itlama ho Jehova mme ba re: “Haeba o ka fana ka batho bana matsohong a rona, re tla fedisa metse ya bona.” 3 Ka hoo, Jehova a mamela lentswe la Baiseraele mme a fana ka Bakanana ho bona yaba ba ba fedisa ha mmoho le metse ya bona. Ka hoo, ba reha sebaka seo lebitso la Horma.*+

4 Ha batho ba ntse ba tsamaya ho tloha Thabeng ya Hore+ ka tsela ya Lewatle le Lefubedu e le hore ba potolohe naha ya Edomo,+ ba qala ho kgathala ka lebaka la leeto. 5 Setjhaba sa nna sa bua Modimo le Moshe+ hampe sa re: “Ke hobaneng ha le re ntshitse naheng ya Egepeta hore re tlo shwella lefeelleng? Ha ho na dijo le metsi+ mme re hloile* bohobe bona bo nyatsehang.”+ 6 Ka hoo, Jehova a romela dinoha tse tjhefo hara setjhaba mme tsa nna tsa loma setjhaba, hoo Baiseraele ba bangata ba ileng ba shwa.+

7 Ka hoo, setjhaba sa tla ho Moshe sa re: “Re entse sebe ka ho bua Jehova le wena hampe.+ Re buelle ho Jehova e le hore a tlose dinoha ho rona.” Yaba Moshe o buella setjhaba.+ 8 Jwale Jehova a re ho Moshe: “Etsa setshwantsho sa noha e tjhefo mme o e behe hodima palo. Haeba motho a lonngwe, o tla e sheba e le hore a tswele pele a phela.” 9 Hanghang Moshe a etsa noha ya koporo+ yaba o e beha hodima palo.+ Ha noha e lomme motho mme motho eo a sheba noha ya koporo, o ne a phela.+

10 Ka mora moo, Baiseraele ba tloha mme ba hloma ditente tsa bona Obothe.+ 11 Jwale ba tloha Obothe mme ba hloma ditente tsa bona Iye-abarime+ lefeelleng le shebaneng le Moabe, ho elella ka botjhabela. 12 Ho tloha moo ba tsamaya mme ba hloma ditente tsa bona pela Kgohlo* ya Zerede.+ 13 Ha ba tloha moo ba tsamaya mme ba hloma ditente tsa bona sebakeng sa Arnone+ se lefeelleng le nammeng ho tloha moeding wa Baamore, etswe Arnone ke moedi wa Moabe, pakeng tsa Moabe le Baamore. 14 Ke ka lebaka leo buka ya Dintwa tsa Jehova e buang ka “Vahebe e Sufa le dikgohlo* tsa Arnone. 15 Arnone e ya sebakeng sa Are le dinokana tsa yona mme e itshetlehile ka moedi wa Moabe.”

16 Ka mora moo ba ya Beere. Sena ke sediba seo ho sona Jehova a itseng ho Moshe: “Bokella setjhaba mme ke se fe metsi.”

17 Ka nako eo, Baiseraele ba bina pina ena:

“Hlaha, Wena sediba! Arabelang ho sona!*

18 Sediba se tjhekilweng ke dikgosana, se epilweng ke bahlomphehi ba setjhaba,

Ka molamu wa molaodi le ka melamu ya bona.”

Yaba ba tloha lefeelleng ba ya Matana, 19 ho tloha Matana ba ya Nahaliele mme ho tloha Nahaliele ba ya Bamothe.+ 20 Ba tloha Bamothe ba ya kgohlong e naheng* ya Moabe,+ ka hodima Pisga,+ e hlahellang ka hodima Jeshimone.*+

21 Baiseraele ba romela baromuwa ho Sihone, morena wa Baamore ba re:+ 22 “Re dumelle hore re fete naheng ya hao. Re ke ke ra kgelohela tshimong kapa serapeng sa morara. Re ke ke ra nwa metsi a sediba le ha e le sefe. Re tla tsamaya Tseleng ya Morena* ho fihlela re fetile naheng ya hao.”+ 23 Empa Sihone ha a ka a dumella Baiseraele hore ba fete naheng ya hae. Ho ena le hoo, Sihone o ile a bokella batho bohle ba hae mme a tswa ho ya lwantsha Baiseraele lefeelleng mme a fihla Jahaze yaba o qala ho lwana le Baiseraele.+ 24 Empa Baiseraele ba ile ba mo hlola ka sabole+ mme ba hapa naha+ ya hae ho tloha Arnone+ ho ya Jaboke,+ haufi le Baamone hobane Jazere+ ke moedi wa naha ya Baamone.+

25 Baiseraele ba hapa metse ena yohle, mme ba qala ho dula metseng yohle ya Baamore,+ Heshbone le metsaneng yohle e haufi* le yona. 26 Heshbone e ne e le motse wa morena Sihone, e leng morena wa Baamore, ya neng a kile a lwana le morena wa Moabe mme a hapa naha yohle ya hae ho ya fihla Arnone. 27 Ke ka hoo ho ileng ha eba le maele a kobisang a reng:

“Tloo motseng wa Heshbone.

Motse wa Sihone o ke o hahwe mme o thehwe ka matla.

28 Mollo o ile wa tswa Heshbone, lelakabe motseng wa Sihone.

O tjhesitse Are ya Moabe, marena a dibaka tse phahameng tsa Arnone.

29 Ho madimabe wena, Moabe. Le tla fediswa, Lona batho ba Kemoshe.+

O etsa hore bara ba hae e be babalehi le hore baradi ba hae e be batlamuwa ba Sihone morena wa Baamore.

30 A re ba hlaseleng,

Heshbone e tla fediswa ho fihlela Dibone,+

A re e fediseng ho fihlela Nofa,

Mollo o tla tuka ho fihlela Medeba.”+

31 Ka hoo, Baiseraele ba qala ho dula naheng ya Baamore. 32 Jwale Moshe a romela banna ba bang ho ya hlwela* motse wa Jazere.+ Ba ile ba hapa metsana e haufi* le wona mme ba leleka Baamore ba neng ba le moo. 33 Ka mora moo, ba tsamaya ka Tsela ya Bashane. Oge+ morena wa Bashane a tswa le batho bohle ba hae ho ya ba lwantsha motseng wa Edrei.+ 34 Jehova a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba+ hobane ke tla fana ka yena le batho bohle ba hae le naha ya hae letsohong la hao+ mme o tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone morena wa Baamore, ya neng a dula Heshbone.”+ 35 Ka hoo, ba nna ba mo lwantsha ha mmoho le bara ba hae le batho bohle ba hae, ho fihlela batho bohle ba hae ba shwele+ yaba ba hapa naha ya hae.+

22 Baiseraele ba tsamaya mme ba hloma ditente tsa bona lehwatateng la Moabe ka pela Jordane ba shebane le Jeriko.+ 2 Balake+ mora wa Zipore a bona sohle seo Baiseraele ba neng ba se entse Baamore 3 mme Bamoabe ba tshoha setjhaba seo haholo hobane se ne se le sengata. Bamoabe ba ne ba thothomela ke tshabo ka lebaka la Baiseraele.+ 4 Ka hoo, Bamoabe ba re ho baholo ba Midiane:+ “Setjhaba sena se tla qeta dibaka tsohle tsa rona tse re potolohileng feela jwalo ka ha poho e qeta jwang bo naheng.”

Balake mora wa Zipore e ne e le morena wa Moabe ka nako eo. 5 A romela baromuwa hore ba bitse Balame mora wa Beore sebakeng sa Pethore,+ se pela Noka* e naheng ya habo a re: “Ho na le setjhaba se tswileng Egepeta. Se kwahetse lefatshe*+ mme se dutse ka pela ka. 6 Jwale ka kopo, tloo o bitsetse setjhaba sena bomadimabe bakeng sa ka+ ka ha se matla ho mpheta. Mohlomong nka se hlola mme ke se leleke naheng hobane ke tseba hantle hore eo o mo hlohonolofatsang o hlohonolofetse mme eo o mo bitsetsang bomadimabe o welwa ke bomadimabe.”

7 Ka hoo, baholo ba Moabe le baholo ba Midiane ba tsamaya ba nkile tefo ya bonohe matsohong a bona mme ba ya ho Balame+ yaba ba mo bolella molaetsa wa Balake. 8 Yaba o re ho bona: “Dulang mona bosiung bona mme ke tla le bolella lentswe le ha e le lefe leo Jehova a mpolellang lona.” Ka hoo, dikgosana tsa Moabe tsa dula le Balame.

9 Jwale Modimo a tla ho Balame mme a re:+ “Banna baa ba nang le wena ke bomang?” 10 Balame a re ho Modimo wa nnete: “Balake mora wa Zipore, morena wa Moabe, o rometse molaetsa ho nna a re, 11 ‘Setjhaba se tswang Egepeta se kwahetse lefatshe.* Jwale tloo mme o se bitsetse bomadimabe bakeng sa ka.+ Mohlomong nka kgona ho se lwantsha mme ke se leleke.’” 12 Empa Modimo a re ho Balame: “O se ke wa tsamaya le bona. O se ke wa bitsetsa setjhaba seo bomadimabe hobane se hlohonolofaditswe.”+

13 Balame a tsoha hoseng mme a re ho dikgosana tsa Balake: “Kgutlelang naheng ya habo lona hobane Jehova o hanne ha ke tsamaya le lona.” 14 Ka hoo, dikgosana tsa Moabe tsa tsamaya mme tsa kgutlela ho Balake yaba di re: “Balame o hanne ho tla le rona.”

15 Le ha ho le jwalo, Balake a boela a romela dikgosana, a romela tse ngata le tse hlomphehang ho feta tsa pele. 16 Tsa fihla ho Balame mme tsa re ho yena: “Balake mora wa Zipore o itse, ‘Ke kopa hore o se ke wa dumella letho ho o thibela ho tla ho nna 17 hobane ke tla o fa moputso o moholo mme ke tla etsa ntho le ha e le efe eo o reng ke e etse. Ka hoo, ka kopo tloo mme o bitsetse setjhaba sena bomadimabe bakeng sa ka.’” 18 Empa Balame a araba bahlanka ba Balake a re: “Le haeba Balake a ne a ka mpha ntlo ya hae e tletseng silevera le kgauta, ke ne nke ke ka etsa letho leo Jehova Modimo wa ka a sa ntaelang hore ke le etse ebang e le ntho e nyenyane kapa e kgolo.+ 19 Empa ka kopo le lona salang mona bosiung bona, e le hore ke tle ke utlwe hore na keng hape eo Jehova a tla mpolella yona.”+

20 Jwale Modimo a tla ho Balame bosiu yaba o re ho yena: “Haeba banna bana ba tlilo o bitsa, tsamaya le bona. Empa o bue feela mantswe ao ke tla o bolella ona.”+ 21 Ka hoo, Balame a tsoha hoseng mme a qhaneha tonki* ya hae yaba o tsamaya le dikgosana tsa Moabe.+

22 Empa Modimo a halefa haholo hobane Balame o ne a tsamaya mme lengeloi la Jehova la ema tseleng ho mo thibela. Balame o ne a palame tonki ya hae mme a ena le bahlanka ba hae ba babedi. 23 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tshwere sabole, ya leka ho kgeloha tsela hore e ye tshimong. Empa Balame a qala ho otla tonki eo hore a e kgutlisetse tseleng. 24 Yaba lengeloi la Jehova le ema tseleng e tshesaane e pakeng tsa dirapa tse pedi tsa morara, e neng e ena le marako a majwe ka mahlakoreng a mabedi. 25 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ya qala ho ipetelletsa lerakong mme ya petelletsa leoto la Balame lerakong yaba Balame o e otla hape.

26 Lengeloi la Jehova la boela la feta mme la ema sebakeng se patisaneng moo ho seng tsela ya ho kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi. 27 Ha tonki e bona lengeloi la Jehova, ya botha Balame a ntse a e palame. Ka hoo, Balame a halefa haholo mme a nna a e otla ka molamu wa hae. 28 Qetellong Jehova a etsa hore tonki eo e bue*+ yaba e re ho Balame: “Ke o entseng hore o nkotle ka makgetlo aa a mararo?”+ 29 Balame a araba tonki eo a re: “Ke hobane o nkentse sethoto. Hoja ke ne ke ena le sabole letsohong la ka, ke ne ke tla o bolaya.” 30 Jwale tonki ya re ho Balame: “Na ha ke tonki ya hao eo o e palameng bophelo bohle ba hao ho fihlela letsatsing lee? Na ho na le mohla nkileng ka o etsa tjee?” Yaba o re: “Tjhe!” 31 Jwale Jehova a tutubolla mahlo a Balame+ mme a bona lengeloi la Jehova le eme tseleng le tshwere sabole. Hanghang a kgumama mme a inamisa hlooho.

32 Lengeloi la Jehova la re ho yena: “Ke hobaneng ha o otlile tonki ya hao ka makgetlo aa a mararo? Ke tlo o thiba hobane ntho eo o e etsang ha e dumellane le thato ya ka.+ 33 Tonki e ile ya mpona mme ya leka ho nqoba ka makgetlo ana a mararo.+ Hoja ya se ke ya nqoba, hona jwale nka be ke o bolaile empa yona ke e tlohetse hore e phele.” 34 Balame a re ho lengeloi la Jehova: “Ke entse sebe hobane ke ne ke sa tsebe hore ke wena ya emeng tseleng ho nkgahlanyetsa. Empa haeba o sa batle hore ke tsamaye, ke tla kgutla.” 35 Empa lengeloi la Jehova la re ho Balame: “Tsamaya le banna bana empa o bue feela mantswe ao ke tla o bolella ona.” Ka hoo, Balame a tswela pele ho tsamaya le dikgosana tsa Balake.

36 Ha Balake a utlwa hore Balame o tlile, hanghang a tswa ho ya mo kgahlanyetsa motseng wa Moabe, o lebopong la Arnone moeding wa naha. 37 Balake a re ho Balame: “Na ha ke a roma batho hore ba o bitse? Ke hobaneng ha o sa tla ho nna? Na o ne o nahana hore nke ke ka kgona ho o lefa moputso o moholo?”+ 38 Balame a re ho Balake: “Ke tlile ho wena. Empa na ke tla dumellwa ho bua ntho le ha e le efe eo ke batlang ho e bua? Ke tla bua feela mantswe ao Modimo a reng ke a bue.”+

39 Ka hoo, Balame a tsamaya le Balake mme ba fihla Kiriathe-huzothe. 40 Balake a etsa mahlabelo a dikgomo le dinku mme a romela a mang ho Balame le ho dikgosana tseo a neng a ena le tsona. 41 Hoseng Balake a nka Balame mme a mo tlisa Bamothe-baale. Ha a le moo o ne a ka kgona ho bona setjhaba sohle.+

23 Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona+ mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.” 2 Kapelepele Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse. Yaba Balake le Balame ba nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+ 3 Balame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso, nna ke tsamaye. Mohlomong Jehova o tla bua le nna. Ntho le ha e le efe eo a tla mpontsha yona, ke tla o bolella yona.” Ka hoo, a ya leralleng le se nang letho.

4 Modimo a kopana le Balame+ mme Balame a re ho yena: “Ke hlophisitse dialetare tse supileng mme ke nyehetse poho le ramo aletareng ka nngwe.” 5 Jehova a laela Balame hore na a reng,+ a re: “Kgutlela ho Balake mme o bue mantswe ana.” 6 Ka hoo, a kgutla mme a bona hore Balake le dikgosana tsohle tsa Moabe di ne di eme pela nyehelo ya hae ya setjheso. 7 Jwale Balame a bua maele ana a reng:+

“Balake morena wa Moabe o ntlositse Arame,+

Ho tloha dithabeng tsa botjhabela:

‘Tloo o bitsetse Jakobo bomadimabe bakeng sa ka.

Tloo o nyatse Iseraele.’+

 8 Ke jwang nka bitsetsang bomadimabe bao Modimo a sa ba bitsetsang bomadimabe?

Ke jwang nka nyatsang bao Jehova a sa ba nyatsang?+

 9 Ke ba bona ke le hodima mafika,

Ke ba bona ke le maralleng.

E le setjhaba ba dula moo ba le bang,+

Ha ba ipalelle hara ditjhaba.+

10 Ke mang ya ka balang lerole la Jakobo+

Kapa ya ka balang le ha e ka ba kotara ya batho ba Iseraele?

Ere nke ke shwe lefu la ba lokileng

Mme qetello ya ka e ke e tshwane le ya bona.”

11 Yaba Balake o re ho Balame: “Ke hobaneng ha o nkentse tjee? Ke o tlisitse mona hore o tlo bitsetsa dira tsa ka bomadimabe empa wena o di hlohonolofaditse.”+ 12 A araba a re: “Ke buile seo Jehova a itseng ke se bue.”+

13 Balake a re ho yena: “Ke kopa o tle le nna sebakeng se seng seo o tla ba bona o le ho sona. O ke ke wa ba bona kaofela. O tla kgona ho bona feela karolo e itseng ya bona. Ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 14 Ka hoo, a mo isa tshimong ya Zofime, ka hodima Pisga+ mme a haha dialetare tse supileng le ho nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.+ 15 Ka hoo, Balame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso ebe nna ke ya mane ke yo bua le Modimo.” 16 Jehova a kopana le Balame mme a mo laela hore na a reng,+ a re: “Kgutlela ho Balake mme o bue mantswe ana.” 17 Ka hoo, a tla ho Balake mme a bona hore o ne a eme pela nyehelo ya hae ya setjheso mme dikgosana tsa Moabe di ne di ena le yena. Balake a re: “Jehova o itseng?” 18 Yaba o bua maele ana a reng:+

“Ema Balake mme o mamele.

Mmamele, wena mora wa Zipore.

19 Modimo ha se motho hore a bue leshano+

Ebile ha se mora wa motho hore a fetole monahano wa hae.*+

Ha a buile ntho, na a ke ke a e etsa?

Ha a buile, na a ke ke a phetha?+

20 Ke tlile mona ho tla hlohonolofatsa,

Jwale Modimo o ba hlohonolofaditse+ mme nke ke ka kgona ho fetola seo.+

21 Ha a dumelle hore Jakobo a louwe

Ebile ha a dumelle hore Iseraele e hlahelwe ke kgathatso.

Jehova Modimo wa hae o na le bona+

Mme ba mo rorisa ka mantswe a phahameng ba phatlalatsa hore ke morena wa bona.

22 Modimo o ba ntsha Egepeta.+

O jwalo ka manaka a poho e hlaha bakeng sa bona.+

23 Ha ho mantswe a boloi a bakelang Jakobo bomadimabe+

Kapa bonohe le ha e le bofe kgahlanong le Iseraele.+

Nakong ena ho ka thwe ka Jakobo le Iseraele:

‘Bonang seo Modimo a se entseng.’

24 Sena ke setjhaba se tla phahama jwalo ka tau

Mme jwalo ka tau, se tla iphahamisa.+

Se ke ke sa robala se eso je phofu

Le ho nwa madi a diphofu tse bolailweng.”

25 Yaba Balake o re ho Balame: “Haeba o sa ba bitsetse bomadimabe, jwale le teng o se ke wa ba hlohonolofatsa.” 26 Balame a araba Balake a re: “Na ha ke a ka ka re ho wena, ‘Ke tla etsa sohle seo Jehova a tla se bua’?”+

27 Balake a re ho Balame: “Ke kopa o tle ke o ise sebakeng se seng hape. Mohlomong Modimo wa nnete o tla bona ho nepahetse hore o ba bitsetse bomadimabe bakeng sa ka o le moo.”+ 28 Yaba Balake o isa Balame ka hodima Peore, e shebaneng le Jeshimone.*+ 29 Balame a re ho Balake: “Nkahele dialetare tse supileng mona mme o ntokisetse dipoho tse supileng le diramo tse supileng.”+ 30 Ka hoo, Balake a etsa feela jwalo ka ha Balame a boletse mme a nyehela poho le ramo aletareng ka nngwe.

24 Ha Balame a bona hore Jehova o ne a batla* ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a tloha hape ho ya batla hore na ho na le ntho e mpe*+ e tla hlahela Iseraele empa o ile a sheba lefeelleng. 2 Ha Balame a phahamisa mahlo mme a bona Baiseraele ba hlomme ditente ho ya ka maloko a bona,+ moya wa Modimo wa eba hodima hae.+ 3 Yaba o bua maele ana a reng:+

“Ana ke mantswe a Balame mora wa Beore,

Mantswe a monna eo mahlo a hae a butsweng,

 4 Mantswe a ya utlwang lentswe la Modimo,

Ya boneng pono ya Ya Matla Ohle,

Ya itihetseng fatshe a ntse a butse mahlo:+

 5 Ditente tsa hao di ntle hakaakang, wena Jakobo,

Ditabernakele tsa hao, wena Iseraele.+

 6 Di nametse sebakeng se selelele jwalo ka dikgohlo,*+

Jwalo ka dirapa tse pela noka,

Jwalo ka lekgala leo Jehova a le lemmeng,

Jwalo ka dikedare tse pela metsi.

 7 Metsi a ntse a rotha dinkgong tsa hae tse pedi tsa matlalo.

Peo* ya hae e lenngwe pela metsi a mangata.+

Le morena wa hae+ o tla ba moholo ho feta Agage,+

Mmuso wa hae o tla phahamiswa.+

 8 Modimo o mo ntsha Egepeta.

O jwalo ka manaka a poho e hlaha bakeng sa hae.

O tla fedisa ditjhaba, bahatelli ba hae,+

O tla phuphura masapo a tsona mme o tla di fedisa ka marumo a hae.

 9 O bothile, o robetse fatshe jwalo ka tau,

Ke mang ya ka itetang sefuba mme a mo qala?

Ba o hlohonolofatsang ba hlohonolofetse,

Ba o lakaletsang bomadimabe ba tla lakaletswa bomadimabe.”+

10 Yaba Balake o halefela Balame. Balake a opa diatla a halefile yaba o re ho Balame: “Ke o bitseditse hore o bitsetse dira tsa ka bomadimabe+ empa wena o di hlohonolofaditse ka makgetlo ana a mararo. 11 Jwale eya hae hona jwale. Ke ne ke ikemiseditse ho o putsa haholo+ empa Jehova o o thibetse hore o fumane moputso.”

12 Balame a araba Balake a re: “Ke boleletse baromuwa ba hao ka re, 13 ‘Le haeba Balake a ka mpha ntlo ya hae e tletseng silevera le kgauta, nke ke ka etsa ntho le ha e le efe eo ke e ratang* e hanyetsanang le taelo ya Jehova ebang e molemo kapa e mpe. Ke tla bua feela seo Jehova a tla mpolella sona.’+ 14 Jwale ke ya ho batho ba heso. Empa ere ke o bolelle hore na setjhaba sena se tla etsang ho batho ba heno nakong e tlang.”* 15 Ka hoo a bua maele ana a reng:+

“Ana ke mantswe a Balame mora wa Beore,

Mantswe a monna eo mahlo a hae a butsweng,+

16 Mantswe a ya utlwang lentswe la Modimo

Le ya nang le tsebo ya Ya Phahameng ka ho Fetisisa.

O bone pono ya Ya Matla Ohle,

Ha a itihela fatshe a ntse a butse mahlo:

17 Ke tla mo bona empa eseng hona jwale,

Ke tla mo bona empa eseng haufinyane.

Naledi+ e tla tswa ho Jakobo

Mme molamu wa borena+ o hlahe ho Iseraele.+

O tla pshatla phatla ya Moabe+

Le mahata a bara bohle ba morusu.

18 Edomo o tla haptjwa,+

Seire+ o tla haptjwa ke dira tsa hae,+

Ha Iseraele a bontsha hore o sebete.

19 E mong o tla qala ho busa a tswa ho Jakobo+

Mme o tla fedisa mophonyohi le ha e le ofe motseng.”

20 Ha a bona Amaleke, a tswela pele ho bua maele a reng:

“Amaleke e bile wa pele ditjhabeng+

Empa qetellong o tla fediswa.”+

21 Ha a bona Bakene,+ a tswela pele ho bua maele a reng:

“Lehae la hao le tsitsitse mme sebaka sa hao sa bodulo se behilwe lefikeng.

22 Empa ho na le ya tla tjhesa Kaine.

Ho tla nka nako e kae pele Asiria e o isa botlamuweng?”

23 A boela a bua maele a reng:

“Jo! Ebe ke mang ya tla pholoha ha Modimo a etsa jwalo?

24 Dikepe di tla tla di tswa lebopong la Kitime+

Mme di tla hlorisa Asiria.+

Di tla hlorisa Ebere.

Empa le yena o tla fediswa tu!”

25 Ka mora moo, Balame+ a ema yaba o a tsamaya o kgutlela hae. Balake le yena a tsamaya.

25 Ha Baiseraele ba ne ba dula Shitime,+ setjhaba se ile sa etsa thobalano le basadi ba Moabe.+ 2 Basadi bana ba ile ba mema setjhaba hore se tle mahlabelong a medimo ya bona+ yaba setjhaba se qala ho ja le ho inamela medimo ya bona.+ 3 Ka hoo, Baiseraele le bona ba rapela Baale wa Peore+ yaba Jehova o ba halefela haholo. 4 Jehova a re ho Moshe: “Nka baetapele* bohle ba setjhaba sena. Ka mora hore ba bolawe, o ba fanyehe ka pela Jehova motshehare* e le hore Jehova a kgaotse ho halefela Baiseraele.” 5 Jwale Moshe a re ho baahlodi ba Iseraele:+ “E mong le e mong wa lona o lokela ho bolaya batho ba habo ba ileng ba rapela* Baale wa Peore.”+

6 Ha Moshe le Baiseraele bohle ba ntse ba lla monyako wa tente ya pokano, Moiseraele e mong a tla le mosadi wa Momidiane+ ditenteng batho bohle ba ntse ba mo shebile. 7 Ha Finease+ mora wa Eleazare mora wa moprista Arone a bona seo, hanghang a tloha hara setjhaba yaba o nka lerumo. 8 A sala monna eo wa Moiseraele morao ho ya tenteng yaba o ba hlaba ka bobedi, monna wa Moiseraele le mosadi eo ho phunyelletsa dithong tsa hae tsa botshehadi. Ka hoo, bolwetse bo bolayang ba fela ho Baiseraele.+ 9 Bolwetse boo bo ile ba bolaya batho ba 24 000.+

10 Yaba Jehova o re ho Moshe: 11 “Finease+ mora wa Eleazare mora wa moprista Arone o entse hore ke se ke ka hlola ke halefela Baiseraele hobane ho hang ha a ka a ba tlohela ha ba ne ba sa ntshepahalle.+ Ke ka lebaka leo ke sa fedisang Baiseraele le hoja ke batla hore batho ba inehele ho nna feela.+ 12 Ka hoo, mo bolelle hore ke etsa selekane* sa kgotso le yena. 13 Ka lebaka la selekane seo, yena le ditloholo tsa hae e tla dula e le baprista+ hobane ha a ka a dumella hore modimo e mong a nkele Modimo wa hae sebaka+ mme o ile a etsa hore setjhaba sa Iseraele se tshwarelwe dibe.”

14 Lebitso la monna wa Moiseraele ya bolailweng le mosadi wa Momidiane ke Zimri mora wa Salu, kgosana ya lelapa la Basimeone. 15 Lebitso la mosadi wa Momidiane ya bolailweng e ne e le Kozbi moradi wa Zure,+ moetapele wa maloko a lelapa la Midiane.+

16 Ha morao Jehova a re ho Moshe: 17 “Hlaselang Bamidiane mme le ba bolaye+ 18 hobane haesale ba le tshwenya ka diketso tsa bona tse mano mme ba etsa hore le rapele Baale wa Peore.+ Ba ile ba le susumeletsa hore le etse sebe ba sebedisa Kozbi moradi wa kgosana ya Midiane, ya ileng a bolawa+ letsatsing leo ho neng ho ena le bolwetse bo bolayang Iseraele ka lebaka la ho rapela Baale wa Peore.”+

26 Ka mora hore ho be le bolwetse bo bolayang,+ Jehova a re ho Moshe le Eleazare mora wa moprista Arone: 2 “Balang setjhaba sohle sa Baiseraele ho tloha ka ba dilemo di 20 ho ya hodimo, ho ya ka matlo a bontate ba bona, le bale bohle bao e ka bang masole a Iseraele.”+ 3 Ka hoo, Moshe le moprista Eleazare+ ba bua le setjhaba lehwatateng la Moabe+ pela Jordane haufi le Jeriko,+ ba re: 4 “Balang bohle ba dilemo di 20 ho ya hodimo feela jwalo ka ha Jehova a laetse Moshe.”+

Jwale bara ba Iseraele ba ileng ba tswa naheng ya Egepeta e ne e le: 5 Leloko la Rubene+ letsibolo la Iseraele. Bara ba Rubene+ e ne e le: Hanoke eo ho yena ho tswileng Bahanoke, Palu eo ho yena ho tswileng Bapalu, 6 Hezrone eo ho yena ho tswileng Bahezrone le Karmi eo ho yena ho tswileng Bakarmi. 7 Ana e ne e le malapa a Barubene mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 43 730.+

8 Mora wa Palu e ne e le Eliabe. 9 Bara ba Eliabe e ne e le Nemuele, Dathane le Abirame. Dathane enwa le Abirame e ne e le ba kgethilweng hara setjhaba, ba ileng ba lwana le Moshe+ le Arone, ba ena le sehlopha sa Kora+ ha ba ne ba lwana le Jehova.+

10 Jwale lefatshe la buleha* mme la ba kwenya. Ha e le Kora, a shwa le batshehetsi ba hae ha mollo o tjhesa batho ba 250.+ Se ileng sa etsahala ho bona e ile ya eba temoso ho ba bang.+ 11 Le ha ho le jwalo, bara ba Kora ha ba a ka ba shwa.+

12 Bara ba Simeone+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Nemuele eo ho yena ho tswileng Banemuele, Jamine eo ho yena ho tswileng Bajamine, Jakine eo ho yena ho tswileng Bajakine, 13 Zera eo ho yena ho tswileng Bazera le Shaule eo ho yena ho tswileng Bashaule. 14 Ana e ne e le malapa a Basimeone: 22 200.+

15 Bara ba Gade+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Zefone eo ho yena ho tswileng Bazefone, Hagi eo ho yena ho tswileng Bahagi, Shuni eo ho yena ho tswileng Bashuni, 16 Ozni eo ho yena ho tswileng Baozni, Eri eo ho yena ho tswileng Baeri, 17 Arode eo ho yena ho tswileng Baarode le Areli eo ho yena ho tswileng Baareli. 18 Ana e ne e le malapa a bara ba Gade mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 40 500.+

19 Bara ba Juda+ e ne e le Ere le Onane.+ Le ha ho le jwalo, Ere le Onane ba ile ba shwella naheng ya Kanana.+ 20 Bara ba Juda ho ya ka malapa a bona e ne e le: Shela+ eo ho yena ho tswileng Bashela, Pereze+ eo ho yena ho tswileng Bapereze le Zera+ eo ho yena ho tswileng Bazera. 21 Bara ba Pereze e ne e le: Hezrone+ eo ho yena ho tswileng Bahezrone le Hamule+ eo ho yena ho tswileng Bahamule. 22 Ana e ne e le malapa a Juda mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 76 500.+

23 Bara ba Isakare+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Thola+ eo ho yena ho tswileng Bathola, Puva eo ho yena ho tswileng Bapune, 24 Jashube eo ho yena ho tswileng Bajashube le Shimrone eo ho yena ho tswileng Bashimrone. 25 Ana e ne e le malapa a Isakare mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 64 300.+

26 Bara ba Zabulone+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Serede eo ho yena ho tswileng Baserede, Elone eo ho yena ho tswileng Baelone le Jaliele eo ho yena ho tswileng Bajaliele. 27 Ana e ne e le malapa a Bazabulone mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 60 500.+

28 Bara ba Josefa+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Manase le Efraime.+ 29 Bara ba Manase+ e ne e le: Makire+ eo ho yena ho tswileng Bamakire. Makire e ne e le ntate wa Gileade.+ Ho Gileade ho ile ha tswa Bagileade. 30 Bana e ne e le bara ba Gileade: Jezere eo ho yena ho tswileng Bajezere, Heleke eo ho yena ho tswileng Baheleke, 31 Asriele eo ho yena ho tswileng Baasriele, Shikeme eo ho yena ho tswileng Bashikeme, 32 Shemida eo ho yena ho tswileng Bashemida le Hefere eo ho yena ho tswileng Bahefere. 33 Zelofehade mora wa Hefere o ne a se na bara, a ena le baradi feela.+ Mabitso a baradi ba Zelofehade+ e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza. 34 Ana e ne e le malapa a Manase mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 52 700.+

35 Bana e ne e le bara ba Efraime+ ho ya ka malapa a bona: Shuthela+ eo ho yena ho tswileng Bashuthela, Bekere eo ho yena ho tswileng Babekere le Tahane eo ho yena ho tswileng Batahane. 36 Bana e ne e le bara ba Shuthela: Erane eo ho yena ho tswileng Baerane. 37 Ana e ne e le malapa a bara ba Efraime mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 32 500.+ Bana e ne e le bara ba Josefa ho ya ka malapa a bona.

38 Bara ba Benjamine+ ho ya ka malapa a bona e ne e le: Bela+ eo ho yena ho tswileng Babela, Ashbele eo ho yena ho tswileng Baashbele, Akirame eo ho yena ho tswileng Baakirame, 39 Shefufame eo ho yena ho tswileng Bashefufame le Hufame eo ho yena ho tswileng Bahufame. 40 Bara ba Bela e ne e le Arede le Naamane:+ Ho Arede ho ile ha tswa Baarede mme ho Naamane ho ile ha tswa Banaamane. 41 Bana e ne e le bara ba Benjamine ho ya ka malapa a bona mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 45 600.+

42 Bana e ne e le bara ba Dane+ ho ya ka malapa a bona: Shuhame eo ho yena ho tswileng Bashuhame. Ana e ne e le malapa a Dane ho ya ka malapa a bona. 43 Ba ngodisitsweng ho malapa ohle a Bashuhame, e ne e le ba 64 400.+

44 Bara ba Ashere+ ho ya ka malapa a bona e ne e le Imna eo ho yena ho tswileng Baimna, Ishvi eo ho yena ho tswileng Baishvi le Beria eo ho yena ho tswileng Baberia. 45 Bara ba Beria e ne e le Hebere eo ho yena ho tswileng Bahebere le Malkiele eo ho yena ho tswileng Bamalkiele. 46 Lebitso la moradi wa Ashere e ne e le Sera. 47 Ana e ne e le malapa a bara ba Ashere mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 53 400.+

48 Bara ba Nefthali+ ho ya ka malapa a bona e ne e le Jaziele eo ho yena ho tswileng Bajaziele, Guni eo ho yena ho tswileng Baguni, 49 Jezere eo ho yena ho tswileng Bajezere le Shileme eo ho yena ho tswileng Bashileme. 50 Ana e ne e le malapa a Nefthali ho ya ka malapa a bona mme ba ngodisitsweng ho bona e ne e le ba 45 400.+

51 Palo ya Baiseraele bohle ba ngodisitsweng e ne e le 601 730.+

52 Ka mora moo, Jehova a re ho Moshe: 53 “Naha e lokela ho arolelwa batho bana e le lefa ho ya ka palo ya mabitso a ngodisitsweng.+ 54 Leloko le nang le palo e ngata, o le ekeletse lefa mme le nang le palo e nyenyane, o le fokoletse lefa.+ Leloko ka leng le fuwe lefa ho latela palo ya lona ya batho ba ngodisitsweng. 55 Le ha ho le jwalo, naha e lokela ho arolwa ka lotho.+ Ba lokela ho fumana lefa la bona ho ya ka mabitso a maloko a bontate ba bona. 56 Lefa la leloko ka leng, ebang leloko leo le leholo kapa le lenyenyane le tla lekanngwa ka lotho.”

57 Jwale bana e ne e le ba ngodisitsweng ho Balevi+ ho ya ka malapa a bona: Gershone eo ho yena ho tswileng Bagershone, Kohathe+ eo ho yena ho tswileng Bakohathe le Merari eo ho yena ho tswileng Bamerari. 58 Ana e ne e le malapa a Balevi: Lelapa la Balibni,+ la Bahebrone,+ la Bamaheli,+ la Bamushi+ le la Bakora.+

Kohathe a tswala Amrame.+ 59 Lebitso la mosadi wa Amrame e ne e le Jokebede,+ moradi wa Levi, eo Levi a bileng le yena ha a le Egepeta. Bana ba Jokebede le Amrame e ne e le Arone, Moshe le Miriame kgaitsedi ya bona.+ 60 Jwale bana ba Arone e ne e le Nadabe, Abihu, Eleazare le Ithamare.+ 61 Empa Nadabe le Abihu ba ile ba shwa ka lebaka la ho hlahisa mollo o sa dumellwang ka pela Jehova.+

62 Palo ya bohle ba ngodisitsweng e ne e le 23 000 mme e ne e le bohle ba batona ho tloha ka ba nang le kgwedi ho ya hodimo.+ Ba ne ba sa ngodiswa hara Baiseraele+ hobane ba ne ba ke ke ba fuwa lefa hara Baiseraele.+

63 Bana ke ba ileng ba ngodiswa ke Moshe le moprista Eleazare ha ba ne ba ngodisa Baiseraele lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko. 64 Empa hara bona, ho ne ho se na le ya mong ya ileng a ngodiswa ke Moshe le moprista Arone ha ba bala Baiseraele lefeelleng la Sinai+ 65 hobane Jehova o ne a itse ka bona: “Ba tla shwella lefeelleng.”+ Ka hoo, ha ho a ka ha eba le motho ya salang ho bona, haese Kalebe mora wa Jefune le Joshua mora wa Nune.+

27 Ka mora moo, baradi ba Zelofehade+ mora wa Hefere mora wa Gileade mora wa Makire mora wa Manase, ba tla ho Moshe. Mabitso a bona e ne e le Mahela, Noe, Hogla, Milka le Tirza mme e le ba leloko la Manase, mora wa Josefa. 2 Ba ema ka pela Moshe, moprista Eleazare, dikgosana+ le ka pela setjhaba sohle monyako wa tente ya pokano mme ba re: 3 “Ntate o shweletse lefeelleng empa o ne a se hara sehlopha se neng se ikopantse ha mmoho hore se be kgahlanong le Jehova e leng batshehetsi ba Kora.+ O shwele ka lebaka la sebe sa hae mme o ne a se na bara. 4 Na lebitso la ntate wa rona le lokela ho tloswa lelapeng la hae hobane feela a ne a se na mora? Re kopa o re fe lefa hara bana ba bo ntate wa rona.” 5 Ka hoo, Moshe a hlahisa taba ya bona ka pela Jehova.+

6 Jehova a re ho Moshe: 7 “Baradi ba Zelofehade ba nepile. O lokela ho ba fa lefa jwalo ka bana ba bo ntate wa bona mme o ba fe lefa la ntate wa bona.+ 8 O re ho Baiseraele, ‘Haeba monna a ka shwa a se na mora, jwale le fetisetse lefa la hae ho moradi wa hae. 9 Haeba a se na moradi, le fe bana babo lefa la hae. 10 Haeba a se na bana babo, le fe bana ba bo ntate wa hae lefa la hae. 11 Haeba ntate wa hae a se na bana babo, le fane ka lefa la hae ho mong ka yena ya haufi hara ba lelapa la hae mme e tla ba lefa la hae. Qeto ena ya boahlodi e tla ba taelo e sebetsang ho Baiseraele feela jwalo ka ha Jehova a laetse Moshe.’”

12 Yaba Jehova o re ho Moshe: “Nyolohela thabeng ena ya Abarime+ mme o shebe naha eo ke tla e fa Baiseraele.+ 13 Ha o e bone, le wena o tla shwa*+ feela jwalo ka ha abuti wa hao Arone a ile a shwa+ 14 hobane ha setjhaba se ne se qabana le nna lefeelleng la Zine, ha le a ka la mamela taelo ya ka. Ha le a ka la nkgalaletsa ka pela setjhaba ha ke ne ke se fa metsi.+ Ana ke metsi a Meriba+ Kadeshe+ lefeelleng la Zine.”+

15 Jwale Moshe a re ho Jehova: 16 “Jehova, Modimo ya fanang ka bophelo ho batho bohle, a ke a kgethe monna hore a okamele setjhaba, 17 ya tla se etella pele le ya tla se tataisa dinthong tsohle e le hore setjhaba sa Jehova se se ke sa tshwana le dinku tse se nang modisa.” 18 Ka hoo, Jehova a re ho Moshe: “Nka Joshua mora wa Nune, monna ya nang le bokgoni mme o behe letsoho la hao hodima hae.+ 19 O mo emise ka pela moprista Eleazare le ka pela setjhaba sohle mme o mo kgethe hore e be moetapele ka pela mahlo a sona.+ 20 O mo fe bolaodi* bo bong ba hao+ e le hore setjhaba sohle sa Baiseraele se ka mo mamela.+ 21 O tla ema ka pela moprista Eleazare, ya tla mo botsetsa qeto ya Jehova a sebedisa Urime.+ Ka taelo ya hae ba tla tswa mme ka taelo ya hae ba tla kena, yena le Baiseraele bohle le setjhaba sohle.”

22 Ka hoo, Moshe a etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a mo laetse. A emisa Joshua ka pela moprista Eleazare le ka pela setjhaba sohle. 23 A beha matsoho hodima hae, a mo hlomamisa+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a buile ka Moshe.+

28 Yaba Jehova o re ho Moshe: 2 “Laela Baiseraele, o re ho bona, ‘Le ele hloko hore le ntlisetse nyehelo ya ka, bohobe ba ka. Dinyehelo tsa ka tse tjheswang ka mollo e le monko o monate* ho nna di lokela ho etswa ka dinako tsa tsona tse behilweng.’+

3 O re ho bona, ‘Ena ke nyehelo e tjheswang ka mollo eo le tla e nyehela ho Jehova: Ka letsatsi le tlise dikonyana tse pedi tse tona tse phetseng hantle tse nang le selemo e le nyehelo ya setjheso ya ka mehla.+ 4 Le fane ka konyana e nngwe e tona hoseng mme konyana e nngwe e tona le tla fana ka yona ha letsatsi le dikela.*+ 5 Le fane le ka dilithara tse pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le lithara* ya oli e tutsweng e le nyehelo ya dijo.*+ 6 Ke nyehelo ya setjheso ya ka mehla,+ e thehilweng Thabeng ya Sinai e le monko o monate,* nyehelo e etseditsweng Jehova ka mollo. 7 Konyana ka nngwe e tona e tsamaye le nyehelo ya yona ya seno e etsang lithara.*+ Le tshollele seno se tahang sebakeng se halalelang e le nyehelo ya seno ho Jehova. 8 Le tla fana ka konyana e nngwe e tona ha letsatsi le dikela.* Le tla fana ka yona e le nyehelo e tjhesetswang Jehova e monko o monate,* e ena le dinyehelo tse tshwanang le tse etswang hoseng e leng nyehelo ya dijo* le nyehelo ya seno.+

9 Le ha ho le jwalo, ka letsatsi la Sabatha,+ le tla nyehela dikonyana tse tona tse pedi tse nang le selemo ha mmoho le nyehelo ya tsona ya seno le dilithara tse nne le halofo* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.* 10 Ena ke nyehelo ya setjheso ya Sabatha ha mmoho le nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya seno.+

11 Qalong ya kgwedi* ka nngwe le tlisetse Jehova nyehelo ya setjheso ya dipohwana tse pedi, ramo e le nngwe le dikonyana tse tona tse supileng tse phetseng hantle, e nngwe le e nngwe e ena le selemo.+ 12 Pohwana ka nngwe e tliswe le dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.*+ Ramo e tliswe le dikhilokramo tse ka bang pedi* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo.+ 13 Konyana ka nngwe e tona e tliswe le khilokramo e le nngwe* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli e le nyehelo ya dijo* hore e be nyehelo ya setjheso e monko o monate,*+ nyehelo e tjheseditsweng Jehova. 14 Dinyehelo tsa tsona tsa seno e be veine e batlileng e lekana le dilithara tse pedi bakeng sa pohwana,+ e ka hodimonyana ho lithara bakeng sa ramo+ le e lekanang le lithara bakeng sa konyana e tona.+ Ena ke nyehelo ya setjheso ya kgwedi le kgwedi selemo kaofela. 15 Hape, ho lokela hore ho fanwe ka potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe ho Jehova ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla ha mmoho le nyehelo ya yona ya seno.

16 Ka kgwedi ya pele, letsatsing la bo14 la kgwedi, e tla ba Paseka ya Jehova.+ 17 Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ena, ho tla ba le mokete. Ho tla jewa mahobe a se nang tomoso ka matsatsi a supileng.+ 18 Ka letsatsi la pele ho tla ba le kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima. 19 Le tlisetse Jehova nyehelo ya setjheso e tjheswang ka mollo. Nyehelo eo e be dipohwana tse pedi, ramo e le nngwe le dikonyana tse supileng tse tona, e nngwe le e nngwe e ena le selemo. Le fane ka diphoofolo tse phetseng hantle.+ 20 Le fane ka tsona di ena le dinyehelo tsa tsona tsa dijo* tsa phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli.+ E be dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohwana le khilokramo e le nngwe bakeng sa ramo. 21 Le fane ka khilokramo e le nngwe ya phofo bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e tona ho dikonyana tse tona tse supileng 22 ha mmoho le podi e le nngwe ya nyehelo ya sebe ho etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa lona. 23 Ntle ho nyehelo ya setjheso ya hoseng e leng nyehelo ya setjheso ya ka mehla, le tla fana ka dintho tsena. 24 Le fane ka dintho tsena ka tsela e tshwanang letsatsi le leng le le leng ka matsatsi a supileng e le dijo.* E be nyehelo e tjhesetswang Jehova, e monko o monate.* E fanwe ha mmoho le nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya seno. 25 Ka letsatsi la bosupa le tshware kopano e halalelang.+ Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.+

26 Ka letsatsi la ho tlisa dihlahiswa tsa pele tse butswitseng,+ ha le tlisetsa Jehova nyehelo ya lona ya dijo* tse ntjha,+ le tshware kopano e halalelang moketeng wa lona wa dibeke.+ Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.+ 27 Le nyehele dipohwana tse pedi, ramo e le nngwe le dikonyana tse supileng tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate* ho Jehova.+ 28 Bakeng sa nyehelo ya tsona ya dijo* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli, le fane ka dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohwana ka nngwe, dikhilokramo tse ka bang pedi bakeng sa ramo ka nngwe, 29 khilokramo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e tona ho dikonyana tse supileng 30 ha mmoho le potsanyane e le nngwe ho etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa lona.+ 31 Le fane ka tsona ho phaella ho nyehelo ya ka mehla ya setjheso le nyehelo ya yona ya dijo.* E be diphoofolo tse phetseng hantle+ ha mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa seno.

29 Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la pele la kgwedi, le tshware kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.+ Ke letsatsi leo le lokelang ho letsa terompeta ka lona.+ 2 Le tlisetse Jehova nyehelo ya setjheso e monko o monate* ya pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le dikonyana tse tona tse supileng, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle. 3 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli. E be dilithara tse tsheletseng le halofo* bakeng sa pohwana, dilithara tse nne le halofo* bakeng sa ramo 4 le khilokramo e le nngwe bakeng sa konyana e nngwe le e nngwe e tona ho dikonyana tse tona tse supileng. 5 Le tlise le potsanyane e le nngwe e tona e le nyehelo ya sebe ho etsa sehlabelo sa tshwarelo ya dibe bakeng sa lona. 6 Nyehelo ena e lokela ho tliswa ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya kgwedi le kgwedi le nyehelo ya yona ya dijo,*+ nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo*+ ha mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa seno,+ ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng, e le monko o monate,* nyehelo e etseditsweng Jehova ka mollo.

7 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ena ya bosupa, le tshware kopano e halalelang+ mme le bontshe hore le utlwile bohloko.* Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe.+ 8 Le tlisetse Jehova nyehelo ya setjheso e monko o monate* ya pohwana e le nngwe, ramo e le nngwe le dikonyana tse supileng tse tona e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 9 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli. E be dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohwana, dikhilokramo tse pedi bakeng sa ramo e le nngwe 10 le khilokramo e le nngwe bakeng sa konyana ka nngwe e tona ho dikonyana tse supileng tse tona. 11 Le tlise le potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya sebe ya tshwarelo ya dibe+ le nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* ha mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa seno.

12 Ka letsatsi la bo15 la kgwedi ya bosupa le tshware kopano e halalelang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima mme le etsetse Jehova mokete ka matsatsi a supileng.+ 13 Le tlise nyehelo ya setjheso+ e tjheswang ka mollo, e monko o monate* ho Jehova. E be dipohwana tse 13, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 14 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* ya phofo e sitsweng hantle e kopantsweng le oli. E be dikhilokramo tse ka bang tharo le halofo bakeng sa pohwana ka nngwe ho dipohwana tse 13, dikhilokramo tse pedi bakeng sa ramo ka nngwe ho diramo tse pedi 15 le khilokramo e le nngwe bakeng sa konyana ka nngwe e tona ho dikonyana tse tona tse 14. 16 Le tlise le potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno.+

17 Ka letsatsi la bobedi, le tlise dipohwana tse 12, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14 e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 18 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa dipohwana, diramo le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 19 Le tlise le potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* ha mmoho le dinyehelo tsa tsona tsa seno.+

20 Ka letsatsi la boraro, le tlise dipoho tse 11, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14 e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 21 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa dipoho, diramo le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 22 Le tlise le podi e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno.+

23 Ka letsatsi la bone, le tlise dipoho tse leshome, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 24 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa dipoho, diramo le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 25 Le tlise le potsanyane e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno.+

26 Ka letsatsi la bohlano, le tlise dipoho tse robong, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 27 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa dipoho, diramo le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 28 Le tlise le podi e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno.+

29 Ka letsatsi la botshelela, le tlise dipoho tse robedi, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 30 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa dipoho, diramo le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 31 Le tlise le podi e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* le dinyehelo tsa yona tsa seno.+

32 Ka letsatsi la bosupa, le tlise dipoho tse supileng, diramo tse pedi le dikonyana tse tona tse 14, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 33 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa dipoho, diramo le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 34 Le tlise le podi e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno.+

35 Ka letsatsi la borobedi, le lokela ho tshwara seboka se hlomphehang. Le se ke la etsa mosebetsi le ha e le ofe o boima.+ 36 Le tlise nyehelo ya setjheso e tjheswang ka mollo, e monko o monate* ho Jehova ya poho e le nngwe, ramo e le nngwe le dikonyana tse tona tse supileng, e nngwe le e nngwe e ena le selemo, kaofela ha tsona e be tse phetseng hantle.+ 37 Le tlise le nyehelo ya tsona ya dijo* le dinyehelo tsa tsona tsa seno bakeng sa poho, ramo, le dikonyana tse tona ka palo ya tsona ho ya ka mokgwa o tlwaelehileng. 38 Le tlise le podi e le nngwe e le nyehelo ya sebe, ho phaella ho nyehelo ya setjheso ya ka mehla le nyehelo ya yona ya dijo* le nyehelo ya yona ya seno.+

39 Le nyehele dintho tsena ho Jehova meketeng ya lona e bang ka dinako tse itseng,+ ho phaella ho dinyehelo tsa lona tsa boitlamo+ le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo,+ e le dinyehelo tsa lona tsa setjheso,+ dinyehelo tsa lona tsa dijo,*+ dinyehelo tsa lona tsa seno+ le mahlabelo a lona a kopanetsweng.’”+ 40 Moshe a bolella Baiseraele ntho e nngwe le e nngwe eo Jehova a neng a mo laetse yona.

30 Jwale Moshe a bua le dihlooho+ tsa maloko a Iseraele a re: “Lena ke lentswe leo Jehova a le laetseng: 2 Haeba monna a etsa boitlamo+ ho Jehova kapa a ikana+ hore a ke ke a etsa ntho e itseng, a se ke a fetohela seo a se buileng.+ A etse ntho e nngwe le e nngwe eo a ikanneng hore o tla e etsa.+

3 Haeba mosadi a etsa boitlamo ho Jehova kapa a ikana hore a ke ke a etsa ntho e itseng ha a sa le motjha mme a ntse a dula ka tlung ya ntate wa hae 4 mme ntate wa hae a utlwa boitlamo ba hae kapa kano eo a e entseng ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng mme a sa hanane le yona, mosadi eo o tla lokela ho phetha dikano tsohle tsa hae mme a ke ke a kwenehela ntho le ha e le efe eo a ikanneng hore a ke ke a e etsa. 5 Empa haeba ntate wa hae a mo hanela ha a utlwa hore o entse boitlamo kapa o ikanne hore a ke ke a etsa dintho tse itseng, a ke ke a phetha boitlamo boo. Jehova o tla mo tshwarela hobane ntate wa hae o mo hanetse.+

6 Le ha ho le jwalo, haeba a ka nyalwa a ntse a entse boitlamo ba hae kapa tshepiso ya hae ya lepotlapotla 7 mme monna wa hae a utlwela ka yona mme a sa hanane le yona letsatsing leo a utlwelang ka yona, o ntse a tla lokela ho phetha boitlamo ba hae kapa dikano tsa hae tsa ho se etse ntho e itseng. 8 Empa haeba monna wa hae a mo hanela letsatsing leo a utlwelang ka yona, a ka hlakola boitlamo boo kapa tshepiso eo mosadi wa hae a e entseng ka lepotlapotla+ mme Jehova o tla mo tshwarela.

9 Empa haeba mohlolohadi kapa mosadi ya hladilweng a etsa boitlamo, o tla lokela ho phetha kano e nngwe le e nngwe eo a e entseng.

10 Le ha ho le jwalo, haeba mosadi a entse boitlamo kapa kano ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng ha a ntse a le ka tlung ya monna wa hae 11 mme monna wa hae a utlwile boitlamo bohle ba hae kapa kano le ha e le efe ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng mme a sa mo hanela, mosadi eo o tla lokela ho e phetha. 12 Empa haeba letsatsing leo ka lona monna wa hae a utlwang boitlamo le ha e le bofe boo mosadi wa hae a bo entseng kapa kano ya hae ya hore a ke ke a etsa ntho e itseng mme a di hlakola ka ho feletseng, mosadi wa hae a ke ke a lokela ho di phetha.+ Monna wa hae o di hlakotse mme Jehova o tla mo tshwarela. 13 Mabapi le boitlamo le ha e le bofe kapa kano le ha e le efe e akarelletsang ho itima dintho tse itseng, monna wa hae o tla etsa qeto ya hore na a bo phethe kapa tjhe. 14 Empa haeba le matsatsing a hlahlamang monna wa hae a sa hanane le boitlamo boo, ka ho etsa jwalo o tiisa boitlamo bohle ba hae kapa dikano tsohle tsa hae tsa ho se etse dintho tse itseng. O a di tiisa hobane ha a ka a hanana le tsona letsatsing leo ka lona a mo utlwileng ha a ne a di etsa. 15 Empa haeba ha morao a ka di hlakola letsatsi leo a di utlwileng ka lona le se le fetile, o tla ikarabella ka molato wa mosadi wa hae.+

16 Ena ke melao eo Jehova a e laetseng Moshe e mabapi le monna le mosadi wa hae le e mabapi le ntate le moradi wa hae e motjha ya ntseng a dula ka tlung ya hae.”

31 Jehova a re ho Moshe: 2 “Iphetetse+ ho Bamidiane+ bakeng sa Baiseraele. Ka mora moo o tla shwa.”*+

3 Ka hoo, Moshe a bua le setjhaba a re: “Hlomellang banna hara lona hore ba lwantshe* Midiane le hore ba tlise phetetso ya Jehova ho Midiane. 4 Le romele ba 1 000 ntweng ba tswang lelokong le leng le le leng la meloko yohle ya Iseraele.” 5 Ka hoo, hara dikete tsa Iseraele,+ ho ile ha kgethwa ba 1 000 lelokong ka leng, kaofela e ile ya eba ba 12 000 ba hlometseng bakeng sa ntwa.*

6 Moshe a romela ba 1 000 lelokong ka leng ho ya ntweng ha mmoho le Finease+ mora wa Eleazare moprista wa lebotho la sesole, ya neng a tshwere disebediswa tse halalelang le diterompeta+ tsa ntwa letsohong la hae. 7 Ba lwantsha Midiane feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe mme ba bolaya bohle ba batona. 8 Ba bolaya marena a mahlano a Midiane e leng Evi, Rekeme, Zure, Hure le Reba, ba ba bolaya ha mmoho le batho ba bang. Ba boela ba bolaya Balame+ mora wa Beore ka sabole. 9 Empa Baiseraele ba hapa basadi ba Midiane le bana ba bona. Ba boela ba ba nkela diphoofolo tsohle, mehlape yohle le dintho tsohle tsa bona. 10 Metse yohle ya bona eo ba neng ba dula ho yona le diahelo* tsohle tsa bona ba di tjhesa ka mollo. 11 Ba nka thepa yohle e hapuweng le dintho tsohle tseo ba ba nketseng tsona, e leng batho le diphoofolo. 12 Ba tlisa batlamuwa ho Moshe le ho moprista Eleazare le ho setjhaba sa Baiseraele, ba tlisa le dintho tseo ba ba nketseng tsona le thepa e hapuweng. Ba di tlisa diahelong tse lehwatateng la Moabe,+ le pela Jordane haufi le Jeriko.

13 Moshe le moprista Eleazare le dikgosana tsohle tsa setjhaba tsa tswa ho ya ba kgahlanyetsa ka ntle ho diahelo. 14 Empa Moshe a halefela banna ba okametseng mabotho a sesole, e leng balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo ba neng ba tswa ntweng. 15 Moshe a re ho bona: “Ke hobaneng ha le tloheletse basadi bohle hore ba phele? 16 Ke bona bao ka lebaka la keletso ya Balame ba ileng ba susumetsa Baiseraele hore ba se ke ba tshepahalla+ Jehova ha re ne re le Peore+ yaba setjhaba sa Jehova se tshwarwa ke bolwetse bo bolayang.+ 17 Bolayang bana bohle ba batona, le bolaye le mosadi e mong le e mong ya kileng a etsa thobalano le monna. 18 Empa le ka nna la tlohela banana bohle ba eso kang ba etsa thobalano le monna hore ba phele.+ 19 Le hlome ditente ka ntle ho diahelo ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ya bolaileng motho le e mong le e mong ya ammeng ya bolailweng,+ a itlhwekise+ ka letsatsi la boraro le ka letsatsi la bosupa, lona le batlamuwa ba lona. 20 Le hlwekise seaparo se seng le se seng, dintho tsohle tsa letlalo, dintho tsohle tse entsweng ka boya ba podi le tsohle tse entsweng ka lepolanka e le hore le di tlose sebe.”

21 Jwale moprista Eleazare a re ho banna ba lebotho ba neng ba ile ntweng: “Ona ke molao oo Jehova a o fileng Moshe, 22 ‘Ke feela kgauta, silevera, koporo, tshepe, thini, loto,* 23 le dintho tse ding tsohle tse sa tjheng, tseo le lokelang ho di hlwekisa ka mollo. Le ha ho le jwalo, di boetse di lokela ho hlwekiswa ka metsi a hlwekisang.+ Ntho e nngwe le e nngwe e tjhang, le e hlatswe ka metsi. 24 Le hlatswe diaparo tsa lona ka letsatsi la bosupa mme le hlweke, jwale ka mora moo le ka kena diahelong.’”+

25 Yaba Jehova o re ho Moshe: 26 “Bala dintho tse hapuweng, o bale batlamuwa ha mmoho le diphoofolo. O etse sena ha mmoho le moprista Eleazare le dihlooho tsa malapa a setjhaba. 27 O arole dintho tse hapuweng ka dikarolo tse pedi hore di tle di fuwe masole a tswang ntweng le setjhaba kaofela.+ 28 O nkele Jehova lekgetho ho masole a neng a ile ntweng, e leng motho a le mong sehlopheng sa batho ba 500 le phoofolo e le nngwe ho tse 500 mehlapeng ya diphoofolo tse kgolo, mehlapeng ya dinku, dipodi le ditonki. 29 O nke lekgetho leo karolong eo ba e fuweng mme o le fe moprista Eleazare e le monehelo wa Jehova.+ 30 Karolong e fuweng Baiseraele, o lokela ho nka motho a le mong ho ba 50, o nke phoofolo e le nngwe ho tse 50 mehlapeng ya diphoofolo tse kgolo, mehlapeng ya dinku le dipodi, ditonking le phoofolong ya mofuta o mong le o mong mme o di fe Balevi+ ba ikarabellang ka mosebetsi wa tabernakele ya Jehova.”+

31 Ka hoo, Moshe le moprista Eleazare ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe. 32 Dintho tseo ba di nkileng, thepa e hapuweng eo masole a neng a e nkile, e ne e le mohlape wa dinku le dipodi tse 675 000, 33 mohlape wa diphoofolo tse kgolo tse 72 000 34 le ditonki tse 61 000. 35 Banana ba neng ba eso ka ba etsa thobalano+ ba ne ba le 32 000. 36 Karolo e neng e fuwe ba neng ba ile ntweng e ne e le mohlape wa dinku le dipodi tse 337 500. 37 Lekgetho la Jehova mohlapeng wa dinku le dipodi e ne e le tse 675. 38 Mohlapeng wa diphoofolo tse kgolo ho ne ho ena le tse 36 000 mme lekgetho la Jehova mohlapeng oo e ne e le tse 72. 39 Ho ne ho ena le ditonki tse 30 500 mme lekgetho la tsona bakeng sa Jehova e ne e le tse 61. 40 Ho ne ho ena le batho ba 16 000 mme lekgetho la Jehova e ne e le batho ba 32. 41 Jwale Moshe a fana ka lekgetho e le monehelo wa Jehova ho moprista Eleazare+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

42 Karolong e fuweng Baiseraele, eo Moshe a e arotseng ho dintho tsa banna ba tswang ntweng, 43 karolong eo ho ne ho ena le mohlape wa dinku le dipodi tse 337 500, 44 mohlape wa diphoofolo tse kgolo tse 36 000, 45 ditonki tse 30 500 46 le batho ba 16 000. 47 Jwale karolong e fuweng Baiseraele Moshe a nka motho a le mong ho ba 50 le phoofolo e le nngwe ho tse 50 mme a di fa Balevi+ bao boikarabelo ba bona e neng e le ho hlokomela tabernakele ya Jehova+ feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.

48 Yaba banna ba okametseng dikete tsa mabotho a sesole,+ e leng balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo, ba atamela Moshe 49 mme ba re ho yena: “Bahlanka ba hao ba badile banna ba ntwa bao re ba okametseng mme ha ho le ya mong eo ho tlalehilweng hore ha a yo ho rona.+ 50 Ka hoo, e mong le e mong wa rona a hlahise seo a se fumaneng e le nyehelo ya Jehova, dintho tsa kgauta, difaha tsa maotong, difaha tse rwalwang matsohong, direng tse tempang, masale le mabenyane a mang, e le ho kopa tshwarelo ya dibe bakeng sa rona ka pela Jehova.”

51 Ka hoo, Moshe le moprista Eleazare ba amohela kgauta ho bona, e leng mabenyane ohle. 52 Kgauta yohle ya monehelo oo ba o fileng Jehova e ne e le dikhilokramo tse ka bang 191,* e tswa ho balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo. 53 E mong le e mong ho banna ba lebotho la sesole o ne a inketse dintho tse hapuweng. 54 Moshe le moprista Eleazare ba amohela kgauta ho balaodi ba ba dikete le ho balaodi ba ba makgolo mme ba e tlisa tenteng ya pokano e le kgopotso* ho setjhaba sa Iseraele ka pela Jehova.

32 Bara ba Rubene+ le bara ba Gade+ ba ne ba ena le diphoofolo tse ngata haholo mme ba bona hore naha ya Jazere+ le ya Gileade e ne e le dibaka tse ntle bakeng sa diphoofolo. 2 Ka hoo, bara ba Gade le bara ba Rubene ba tla ho Moshe, ho moprista Eleazare le ho dikgosana tsa setjhaba mme ba re: 3 “Atarothe, Dibone, Jazere, Nimra, Heshbone,+ Eleale, Sebame, Nebo+ le Beone,+ 4 naha eo Jehova a e hlotseng ka pela setjhaba sa Iseraele,+ ke naha e ntle bakeng sa diphoofolo mme re na le diphoofolo tse ngata.”+ 5 Ba boela ba re: “Haeba o dumela, re kopa o re fe naha ena. O se ke wa re tshedisa Jordane.”

6 Moshe a re ho bara ba Gade le bara ba Rubene: “Na le batla hore bana ba bo lona ba ye ntweng ha lona le setse moo? 7 Ke hobaneng ha le batla ho nyahamisa setjhaba sa Iseraele hore se se ke sa tshelela naheng eo Jehova a tla se fa yona? 8 Ke yona ntho eo bontate ba lona ba e entseng ha ke ba romela ho ya bona naha ba le Kadeshe-barnea.+ 9 Ha ba nyolohela Kgohlong* ya Eshkole+ mme ba bona naha, ba ile ba nyahamisa setjhaba sa Iseraele hore se se ke sa ya naheng eo Jehova a neng a tla se fa yona.+ 10 Jehova o ile a halefa haholo letsatsing leo hoo a ileng a hlapanya a re:+ 11 ‘Banna ba tswileng Egepeta ba dilemo di 20 ho ya hodimo ba ke ke ba bona naha+ eo ke hlapanyeditseng Abrahama, Isaka le Jakobo+ hore ke tla ba fa yona hobane ha ba a ka ba ntatela ka dipelo tsohle tsa bona, 12 ntle ho Kalebe+ mora wa Jefune Mokenize le Joshua+ mora wa Nune hobane ba latetse Jehova ka dipelo tsohle tsa bona.’+ 13 Jehova o ile a halefela Baiseraele haholo mme a etsa hore ba lelere lefeelleng ka dilemo tse 40,+ ho fihlela moloko wohle o neng o etsa bobe mahlong a Jehova o fela.+ 14 Jwale lona banna ba nang le sebe le etsisa bontate ba lona hantle ka ho etsa hore Jehova a halefele Iseraele le ho feta. 15 Haeba le ka tlohela ho mo latela, o tla ba tlohela hape lefeelleng mme le tla etsa hore setjhaba sena sohle se fediswe.”

16 Ha morao ba mo atamela ba re: “A re haheng masaka a majwe mona bakeng sa diphoofolo tsa rona le metse bakeng sa bana ba rona. 17 Empa rona re tla dula re hlometse bakeng sa ntwa+ mme re tla tsamaya ka pela Baiseraele ho fihlela re ba tlisitse sebakeng sa bona. Bana ba rona ba tla sala metseng e sireleditsweng ka marako, ba bolokehile ho baahi ba naha. 18 Re ke ke ra kgutlela matlong a rona ho fihlela e mong le e mong wa Baiseraele a fumane karolo ya hae ya naha e le lefa.+ 19 Etswe re ke ke ra fumana lefa ha mmoho le bona ka lehlakoreng le ka nqane ho Jordane ka ha re fumane lefa la rona ka lehlakoreng le ka botjhabela la Jordane.”+

20 Moshe a re ho bona: “Haeba le tla nka dihlomo bakeng sa ntwa feela jwalo ka ha Jehova a boletse+ 21 mme haeba kaofela ha lona le nka dihlomo mme le tshela Jordane ka pela Jehova ha a leleka dira tsa hae ka pela hae+ 22 ho fihlela naha e hlolwa ka pela Jehova,+ ka mora moo le ka nna la kgutla+ mme le tla hloka molato ka pela Jehova le Iseraele. Jwale naha ena e tla ba ya lona ka pela Jehova.+ 23 Empa haeba le sa etse jwalo le tla be le sitetswe Jehova. Tabeng eo, le tsebe hore le tla fumana kotlo ka lebaka la sebe sa lona. 24 Ka hoo, le ka nna la hahela bana ba lona metse le masaka bakeng sa mehlape ya lona+ empa le lokela ho etsa seo le se tshepisitseng.”

25 Bara ba Gade le bara ba Rubene ba re ho Moshe: “Rona bahlanka ba hao re tla etsa feela jwalo ka ha o re laela morena wa rona. 26 Bana ba rona, basadi ba rona, mehlape ya rona le diphoofolo tsohle tsa rona di tla sala metseng ya Gileade.+ 27 Bahlanka ba hao ba tla tshela, banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntwa ka pela Jehova+ feela jwalo ka ha o re bolella morena wa rona.”

28 Ka hoo, Moshe a fana ka taelo mabapi le bona ho moprista Eleazare, ho Joshua mora wa Nune le ho baetapele ba malapa a Iseraele. 29 Moshe a re ho bona: “Haeba banna bohle ba hlometseng bakeng sa ntwa ka pela Jehova ba leloko la Gade le la Rubene ba ka tshela Jordane le lona yaba le hapa naha, le ba fe naha ya Gileade hore e be ya bona.+ 30 Empa haeba ba sa nke dihlomo mme ba sa tshele le lona, jwale ba tla dula le lona naheng ya Kanana.”

31 Yaba bara ba Gade le bara ba Rubene ba re: “Re tla etsa seo Jehova a re boleletseng sona. 32 Re tla nka dihlomo mme re tshelele naheng ya Kanana ka pela Jehova+ empa lefa leo re tla le fuwa le tla ba ka lehlakoreng lena la Jordane.” 33 Ka hoo, Moshe a fa bara ba Gade, bara ba Rubene+ le halofo ya leloko la Manase+ mora wa Josefa mmuso wa Sihone+ morena wa Baamore le mmuso wa Oge+ morena wa Bashane, e leng naha yohle le metse yohle e haufi le naha eo.

34 Bara ba Gade ba haha* Dibone,+ Atarothe,+ Aroere,+ 35 Aterothe-shofane, Jazere,+ Jogbeha,+ 36 Bethe-nimra+ le Bethe-harane,+ metse e sireleditsweng ka marako mme ba haha masaka bakeng sa mehlape. 37 Bara ba Rubene ba haha Heshbone,+ Eleale,+ Kiriathaime,+ 38 Nebo+ le Baale-meone,+ (mabitso a yona a fetotswe) le Sibma mme ba qala ho reha metse eo ba e hahileng botjha mabitso a mang.

39 Bara ba Makire+ mora wa Manase ba hlasela Gileade ba e hapa mme ba leleka Baamore ba neng ba le ho yona. 40 Ka hoo, Moshe a fa Makire mora wa Manase sebaka sa Gileade,* mme a dula teng.+ 41 Jaire mora wa Manase a hlasela Baamore mme a hapa metsana ya bona ya ditente yaba o qala ho e bitsa Havothe-jaire.*+ 42 Noba a hlasela Kenathe mme a e hapa ha mmoho le metse e haufi* le yona mme a qala ho e rehella ka lebitso la hae la Noba.

33 Ena e ne e le mekgahlelo ya leeto la Baiseraele ha ba ne ba tswa naheng ya Egepeta+ ka dihlopha tsa bona*+ ba tataiswa ke Moshe le Arone.+ 2 Moshe a nna a tlaleha dibaka tseo ba tlohang ho tsona ka mekgahlelo ya leeto la bona ho ya ka taelo ya Jehova. Ena ke mekgahlelo ya leeto la bona ho tloha sebakeng se seng ho ya ho se seng:+ 3 Ba tloha Ramsese+ ka kgwedi ya pele, letsatsing la bo15 la kgwedi.+ Letsatsi feela ka mora Paseka,+ Baiseraele ba tloha ba sa tshoha letho* Baegepeta bohle ba ntse ba ba shebile. 4 Ka nako eo, Baegepeta ba ne ba pata matsibolo ohle ao Jehova a neng a a bolaile hara bona+ hobane Jehova o ne a ahlotse medimo ya bona mme a e file kotlo.+

5 Ka hoo, Baiseraele ba tloha Ramsese mme ba hloma ditente tsa bona Sukothe.+ 6 Jwale ba tloha Sukothe mme ba hloma ditente tsa bona Ethame,+ e moeding wa lefeella. 7 Ka mora moo ba tloha Ethame mme ba kgutlela Pihahirothe, e ka pela Baale-zefone+ mme ba hloma ditente tsa bona ka pela Migdole.+ 8 Ka mora moo, ba tloha Pihahirothe mme ba feta hara lewatle+ ho ya lefeelleng.+ Ba tsamaya leeto la matsatsi a mararo lefeelleng la Ethame+ yaba ba hloma ditente tsa bona Mara.+

9 Jwale ba tloha Mara mme ba fihla Elime. Elime ho ne ho ena le didiba tse 12 tsa metsi le difate tsa dipalema tse 70, ka hoo, ba hloma ditente tsa bona teng.+ 10 Ka mora moo ba tloha Elime mme ba hloma ditente tsa bona pela Lewatle le Lefubedu. 11 Ka mora moo, ba tloha Lewatleng le Lefubedu mme ba hloma ditente tsa bona lefeelleng la Sine.+ 12 Jwale ba tloha lefeelleng la Sine mme ba hloma ditente tsa bona Dofeka. 13 Ha morao ba tloha Dofeka mme ba hloma ditente tsa bona Alushe. 14 Ka mora moo, ba tloha Alushe mme ba hloma ditente tsa bona Refidime,+ moo ho neng ho se na metsi hore setjhaba se nwe. 15 Ka mora moo, ba tloha Refidime mme ba hloma ditente tsa bona lefeelleng la Sinai.+

16 Ba tloha lefeelleng la Sinai mme ba hloma ditente tsa bona Kibrothe-hatava.+ 17 Jwale ba tloha Kibrothe-hatava mme ba hloma ditente tsa bona Hazerothe.+ 18 Ka mora moo, ba tloha Hazerothe mme ba hloma ditente tsa bona Rithma. 19 Ka mora moo, ba tloha Rithma mme ba hloma ditente tsa bona Rimone-pereze. 20 Jwale ba tloha Rimone-pereze mme ba hloma ditente tsa bona Libna. 21 Ba tloha Libna mme ba hloma ditente tsa bona Risa. 22 Ka mora moo, ba tloha Risa mme ba hloma ditente tsa bona Kehelatha. 23 Jwale ba tloha Kehelatha mme ba hloma ditente tsa bona Thabeng ya Shefere.

24 Ka mora moo, ba tloha Thabeng ya Shefere mme ba hloma ditente tsa bona Harada. 25 Jwale ba tloha Harada mme ba hloma ditente tsa bona Makhelothe. 26 Ka mora moo, ba tloha+ Makhelothe mme ba hloma ditente tsa bona Tahathe. 27 Ka mora moo, ba tloha Tahathe mme ba hloma ditente tsa bona Tera. 28 Jwale ba tloha Tera mme ba hloma ditente tsa bona Mithka. 29 Ha morao ba tloha Mithka mme ba hloma ditente tsa bona Hashmona. 30 Ka mora moo, ba tloha Hashmona mme ba hloma ditente tsa bona Moserothe. 31 Jwale ba tloha Moserothe mme ba hloma ditente tsa bona Bene-jakane.+ 32 Ba tloha Bene-jakane mme ba hloma ditente tsa bona Hore-hagidegade. 33 Ka mora moo, ba tloha Hore-hagidegade mme ba hloma ditente tsa bona Jotbatha.+ 34 Ha morao ba tloha Jotbatha mme ba hloma ditente tsa bona Abrona. 35 Jwale ba tloha Abrona mme ba hloma ditente tsa bona Ezione-gebere.+ 36 Ka mora moo, ba tloha Ezione-gebere mme ba hloma ditente tsa bona lefeelleng la Zine+ e leng Kadeshe.

37 Ha morao ba tloha Kadeshe mme ba hloma ditente tsa bona Thabeng ya Hore,+ moeding wa naha ya Edomo. 38 Moprista Arone a nyolohela Thabeng ya Hore ka taelo ya Jehova mme a shwela teng selemong sa bo40 ka mora hore Baiseraele ba tswe naheng ya Egepeta, ka kgwedi ya bohlano, ka letsatsi la pele la kgwedi.+ 39 Arone o ne a le dilemo di 123 ha a shwela Thabeng ya Hore.

40 Jwale morena wa Arade+ wa Mokanana ya neng a dula Negebe naheng ya Kanana, a utlwela hore Baiseraele ba a tla.

41 Ka mora nako ba tloha Thabeng ya Hore+ mme ba hloma ditente tsa bona Zalmona. 42 Ka mora moo, ba tloha Zalmona mme ba hloma ditente tsa bona Punone. 43 Ka mora moo, ba tloha Punone mme ba hloma ditente tsa bona Obothe.+ 44 Jwale ba tloha Obothe mme ba hloma ditente tsa bona Iye-abarime, moeding wa Moabe.+ 45 Ha morao ba tloha Iyime mme ba hloma ditente tsa bona Dibone-gade.+ 46 Ka mora moo, ba tloha Dibone-gade mme ba hloma ditente tsa bona Almone-diblathaime. 47 Jwale ba tloha Almone-diblathaime mme ba hloma ditente tsa bona dithabeng tsa Abarime+ pela Nebo.+ 48 Qetellong ba tloha dithabeng tsa Abarime mme ba hloma ditente tsa bona lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko.+ 49 Ba hloma ditente tsa bona pela Jordane, ho tloha Bethe-jeshimothe ho ya fihla Abele-shitime,+ lehwatateng la Moabe.

50 Jehova a bua le Moshe lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko a re: 51 “Bua le Baiseraele o re ho bona, ‘Tshelelang ka nqane ho Jordane, le ye naheng ya Kanana.+ 52 Le leleke baahi bohle ba naha ka pela lona mme le senye majwe ohle a bona a betlilweng+ le ditshwantsho tsohle tsa bona tsa tshepe*+ mme le lokela ho senya dibaka tsohle tsa bona tse phahameng tse halalelang.+ 53 Le hape naha eo mme le dule ho yona hobane ke tla le fa naha eo hore e be ya lona.+ 54 Le arolele malapa a lona naha eo ka lotho+ hore e be ya lona. Sehlopha se nang le batho ba bangata le se ekeletse lefa mme le fokotse lefa la sehlopha se senyenyane.+ Lefa la e mong le e mong le tla ba moo lotho ya hae e welang teng. Le tla fumana karolo ya lona ya naha e le lefa ho ya ka maloko a bontate ba lona.+

55 Le ha ho le jwalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pela lona,+ bao le ba dumellang hore ba phele le lona, ba tla ba jwalo ka ntho e fahlang ka mahlong a lona le meutlwa mmeleng ya lona* mme ba tla le tshwenya naheng eo le tla dula ho yona.+ 56 Ke tla le fa kotlo eo ke neng ke rerile ho ba fa yona.’”+

34 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 2 “Bolella Baiseraele ditaelo tsena: ‘Ha le kena naheng ya Kanana,+ le tla fuwa naha eo ha mmoho le meedi ya yona e le lefa.+

3 Moedi wa lona o ka borwa o name ho tloha lefeelleng la Zine haufi le Edomo mme moedi wa lona o ka borwa lehlakoreng le ka botjhabela, o tla tloha qetellong ya Lewatle la Letswai.*+ 4 Moedi wa lona o thinye, o fete ka borwa ho moepa wa Akrabime+ mme o tswele pele ho ya fihla Zine, ebe o fella ka borwa ho Kadeshe-barnea.+ Ho tloha moo o tla fihla Hazare-adare+ o be o fetele Azmone. 5 Moedi o thinye Azmone ho ya Kgohlong* ya Egepeta mme o felle Lewatleng.*+

6 Moedi wa lona o ka bophirimela e tla ba Lewatle le Leholo* le lebopo la lewatle. Ona e tla ba moedi wa lona o ka bophirimela.+

7 Jwale ona e tla ba moedi wa lona o ka leboya: Ho tloha Lewatleng le Leholo, le tshwaye Thaba ya Hore e le moedi wa lona. 8 Ho tloha Thabeng ya Hore le tshwaye moedi ho fihlela Lebo-hamathe*+ mme moedi o fihle le Zedade.+ 9 Moedi o tswele pele ho ya fihla Zifrone mme o felle Hazare-enane.+ Ona e tla ba moedi wa lona o ka leboya.

10 Jwale le tshwaye moedi wa lona wa ka botjhabela ho tloha Hazare-enane ho ya Shefame. 11 Moedi oo o tlohe Shefame ho ya Ribla ka botjhabela ho Aine mme moedi o theohe, o fete maralla a ka botjhabela a Lewatle la Kinerethe.*+ 12 Moedi o fihle Jordane mme o felle Lewatleng la Letswai.+ Ena e tla ba naha ya lona le meedi e e potapotileng.’”+

13 Ka hoo, Moshe a re ho Baiseraele: “Naha ena e tla ba ya lona mme le tla e arola ka lotho+ feela jwalo ka ha Jehova a laetse hore e fuwe meloko e robong le halofo. 14 Ba leloko la Barubene, la Bagade le halofo ya leloko la Manase, ba se ba nkile lefa la bona.+ 15 Maloko ao a mabedi le halofo a se a nkile lefa la ona ka lehlakoreng le ka botjhabela la sebaka sa Jordane pela Jeriko.”+

16 Jehova a boela a bua le Moshe a re: 17 “Mabitso a banna ba tla le arolela naha e tla ba ya lona ke moprista Eleazare+ le Joshua+ mora wa Nune. 18 Le tla nka kgosana e le nngwe lelokong ka leng ho arola naha eo e tla ba lefa la lona.+ 19 Ana ke mabitso a dikgosana tseo: Lelokong la Juda+ e be Kalebe+ mora wa Jefune, 20 lelokong la bara ba Simeone+ e be Shemuele mora wa Amihude, 21 lelokong la Benjamine+ e be Elidade mora wa Kislone, 22 lelokong la bara ba Dane+ e be kgosana Buki mora wa Jogli, 23 ho bara ba Josefa,+ lelokong la bara ba Manase+ e be kgosana Haniele mora wa Efode, 24 lelokong la bara ba Efraime+ e be kgosana Kemuele mora wa Shiftane, 25 lelokong la bara ba Zabulone+ e be kgosana Elizafane mora wa Parenake, 26 lelokong la bara ba Isakare+ e be kgosana Paltiele mora wa Azane, 27 lelokong la bara ba Ashere+ e be kgosana Akihude mora wa Shelomi, 28 lelokong la bara ba Nefthali+ e be kgosana Pedahele mora wa Amihude.” 29 Bana ke bao Jehova a ba laetseng hore ba arolele Baiseraele naha ya Kanana.+

35 Jehova a tswela pele ho bua le Moshe lehwatateng la Moabe, pela Jordane+ haufi le Jeriko a re: 2 “Bolella Baiseraele hore lefeng leo ba tla le fuwa, ba fe Balevi metse eo ba ka dulang ho yona+ mme ba fe Balevi makgulo a potapotileng metse eo.+ 3 Ba dule metseng eo mme makgulo e tla ba a mehlape ya bona, a thepa ya bona le a diphoofolo tsohle tsa bona. 4 Makgulo a metse ao le tla a fa Balevi e tla ba dimithara tse 445* ho tloha lerakong ho potapota motse wohle. 5 Le lekanye dimithara tse 890* ka ntle ho motse lehlakoreng le ka botjhabela, tse 890 ka lehlakoreng le ka borwa, tse 890 ka lehlakoreng le ka bophirimela le tse 890 ka lehlakoreng le ka leboya, motse o le bohareng. Ana e tla ba makgulo a metse ya bona.

6 Metse eo le tla e fa Balevi e tla ba metse e tsheletseng ya setshabelo,+ eo le tla fana ka yona hore mmolai a balehele teng+ ha mmoho le metse e meng e 42. 7 Metse yohle eo le tla e fa Balevi e be metse e 48 ha mmoho le makgulo a yona.+ 8 Metse eo le tla ba fa yona e be e tswang lefeng la Baiseraele.+ Lelokong le nang le batho ba bangata le nke metse e mengata mme ho leloko le nang le batho ba seng bakae le nke e seng mekae.+ Leloko ka leng le fe Balevi e meng ya metse ya lona ho ya ka hore na leloko leo le fumane lefa le lekae.”

9 Jehova a tswela pele ho bua le Moshe a re: 10 “Bua le Baiseraele mme o re ho bona, ‘Tshelelang ka nqane ho Jordane le ye naheng ya Kanana.+ 11 Le ikgethele metse e le loketseng eo e tla ba metse ya lona ya setshabelo, moo mmolai ya bolayang motho e se ka morero a tla balehela teng.+ 12 Metse ena e tla ba setshabelo bakeng sa lona ha le baleha motho ya amanang le motho ya bolailweng*+ e le hore mmolai a se ke a shwa ho fihlela nyewe ya hae e hlahlojwa ka pela phutheho.+ 13 Metse e tsheletseng ya setshabelo eo le tla fana ka yona e tla sebedisetswa morero ona. 14 Le fane ka metse e meraro ka lehlakoreng lena la Jordane+ le metse e meraro naheng ya Kanana+ hore e be metse ya setshabelo. 15 Metse ena e tsheletseng e tla ba setshabelo bakeng sa Baiseraele, bakeng sa moditjhaba+ le bakeng sa moahi ya sa tswa fihla hara bona hore mang kapa mang ya bolayang motho e se ka morero a balehele teng.+

16 Empa haeba a mo otlile ka ntho e entsweng ka tshepe mme a shwa, ke mmolai. Mmolai o lokela ho bolawa.+ 17 Haeba a mo otlile ka lejwe le neng le ka mo bolaya mme a shwa, ke mmolai. Mmolai o lokela ho bolawa. 18 Haeba a mo otlile ka ntho e entsweng ka lepolanka e neng e ka mo bolaya mme a shwa, ke mmolai. Mmolai o lokela ho bolawa.

19 Motho ya amanang le motho ya bolailweng ke yena ya tla bolaya mmolai. Ha a kopana le yena, o tla mo bolaya. 20 Haeba a shwele hobane a mo sutumeditse ka lebaka la lehloyo kapa a mo betsitse ka ntho e itseng ka morero wa ho mo lematsa*+ 21 kapa ka lebaka la lehloyo a mo otlile ka letsoho mme a shwa, ya mo otlileng o tla bolawa. Ke mmolai. Motho ya amanang le motho ya bolailweng o tla bolaya mmolai ha a kopana le yena.

22 Empa haeba a mo sutumeditse e se ka boomo ebile e se hobane a mo hloile kapa a mo betsitse ka ntho le ha e le efe e se ka morero wa ho mo lematsa*+ 23 kapa haeba a sa mo bona mme a entse hore lejwe le mo wele hodimo empa e ne e se sera sa hae kapa a ne a sa batle ho mo ntsha kotsi mme motho eo a shwa, 24 phutheho e ahlole pakeng tsa hae le motho ya amanang le motho ya bolailweng, ho ya ka dikahlolo tsena.+ 25 Jwale phutheho e pholose mmolai letsohong la motho ya amanang le motho ya bolailweng mme e mo kgutlisetse motseng wa hae wa setshabelo oo a neng a balehetse ho wona mme a dule ho wona ho fihlela moprista ya phahameng ya tlotsitsweng ka oli e halalelang a shwa.+

26 Empa haeba mmolai a tlola moedi wa motse wa habo wa setshabelo oo a balehetseng ho wona 27 mme motho ya amanang le motho ya bolailweng a mo fumana ka ntle ho moedi wa motse wa habo wa setshabelo mme a bolaya mmolai, ha a na molato wa madi. 28 Mmolai a dule motseng wa habo wa setshabelo ho fihlela moprista ya phahameng a shwa. Empa ka mora lefu la moprista ya phahameng, mmolai a ka kgutlela naheng ya hae.+ 29 Dintho tsena e tla ba ditaelo tsa kahlolo bakeng sa lona melokong yohle ya lona dibakeng tsohle tsa lona tsa bodulo.

30 Haeba motho a bolaya e mong mme ho ena le bopaki* bo fanweng ke dipaki+ ba hore o mo bolaile, motho eo a bolawe hobane ke mmolai.+ Empa ha ho na motho ya tla bolawa ka lebaka la bopaki ba paki e le nngwe feela. 31 Le se ke la amohela tjhelete ya ho lopolla bophelo ba mmolai ya tshwanelang ho shwa hobane o lokela ho bolawa.+ 32 Le se ke la amohela tjhelete ya topollo ho ya balehetseng motseng wa habo wa setshabelo mme la mo dumella hore a qale hape ho dula naheng ya hae pele moprista ya phahameng a shwa.

33 Le se ke la silafatsa naha eo le dulang ho yona hobane madi a silafatsa naha.+ Ho ke ke ha eba le tshwarelo ya dibe bakeng sa madi a tshollotsweng hodima naha, ntle le ka madi a ya a tshollotseng.+ 34 Le se ke la silafatsa naha eo le dulang ho yona, eo ke dulang ho yona hobane nna, Jehova, ke dula hara setjhaba sa Iseraele.’”+

36 Dihlooho tsa malapa a ditloholo tsa Gileade mora wa Makire+ mora wa Manase tse neng di tswa malapeng a bara ba Josefa, tsa atamela mme tsa bua ka pela Moshe le dikgosana tsa Baiseraele. 2 Tsa re ho bona: “Jehova o laetse wena, morena wa rona hore o abele Baiseraele naha ka lotho+ e le lefa mme Jehova o laetse wena morena wa rona hore o fane ka lefa la ngwanabo rona Zelofehade ho baradi ba hae.+ 3 Haeba ba nyalwa ke banna ba tswang lelokong le leng la Iseraele, lefa la basadi bao le lona le tla tloswa lefeng la bontate ba rona, le ekelletswe lefeng la leloko leo ba tla beng ba nyetswe ho lona mme le tla tloswa lefeng leo re le fuweng ka lotho. 4 Jwale ha Selemo sa Tokoloho*+ se fihla bakeng sa setjhaba sa Iseraele, lefa la basadi bao le lona le tla ekelletswa lefeng la leloko leo ba tla beng ba nyetswe ho lona mme lefa la bona le tla tloswa lefeng la leloko la bontate ba rona.”

5 Jwale Moshe a bolella Baiseraele seo Jehova a ba laetseng sona a re: “Ntho eo leloko la bara ba Josefa le e buang ke nnete. 6 Jehova o fane ka taelo ena bakeng sa baradi ba Zelofehade: ‘Ba ka nyalwa ke mang kapa mang eo ba mo ratang. Le ha ho le jwalo, ba lokela ho nyalwa ke motho ya tswang lelokong la ntate wa bona. 7 Ha ho na lefa la Baiseraele le tla potoloha ho tloha lelokong le leng ho ya ho le leng hobane Baiseraele ba lokela ho kgomarela lefa la leloko la baholoholo ba bona. 8 Moradi e mong le e mong ya nang le lefa lelokong la Iseraele o lokela ho nyalwa ke motho ya tswang lelokong la ntate wa hae,+ e le hore Baiseraele ba se ke ba lahlehelwa ke lefa la baholoholo ba bona. 9 Ha ho na lefa le tla potoloha ho tloha lelokong le leng ho ya ho le leng hobane leloko le leng le le leng la Iseraele le lokela ho kgomarela lefa la lona.’”

10 Baradi ba Zelofehade ba ile ba etsa feela jwalo ka ha Jehova a ne a laetse Moshe.+ 11 Ka hoo, baradi ba Zelofehade e leng Mahela, Tirza, Hogla, Milka le Noe,+ ba ile ba nyalwa ke bara ba borangwane ba bona. 12 Ba ile ba nyalwa ke banna ba tswang lelapeng la Manase mora wa Josefa e le hore lefa la bona le se ke la tloha lelokong la ntate wa bona.

13 Tsena ke ditaelo le melao eo Jehova a e fileng Baiseraele ka Moshe lehwatateng la Moabe pela Jordane haufi le Jeriko.+

Kapa: “tabernakeleng.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

E leng motho eo e seng Molevi.

Sehlopha ka seng se na le maloko a mararo.

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

Kapa: “ho lebela; ho sebeletsa.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “bao matsoho a bona a neng a tlatsitswe matla.”

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

E leng motho eo e seng Molevi.

Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dishekele tse 1 365.” Shekele e le nngwe e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “molomo.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Kapa: “le mmala o sekareleta.”

E leng phoofolo ya lewatleng.

Kapa: “matlao.” Sheba Tlhaloso.

E leng phoofolo ya lewatleng.

E leng phoofolo ya lewatleng.

E leng phoofolo ya lewatleng.

Kapa: “molora o mafura,” e leng molora o tshetsweng ke mafura a mahlabelo.

E leng phoofolo ya lewatleng.

Ka Seheberu: “Mojaro.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Oli ena e ne e tshelwa hloohong ya motho ya kgethwang hore a etse mosebetsi o itseng.

E leng phoofolo ya lewatleng.

E leng ditshepe tse kgutshwanyane tse kokotellwang fatshe hore di tshehetse tente.

Kapa: “ke dulang ka nakwana.”

Ka Seheberu: “Ba.”

Ka Seheberu: “ba se entseng.”

E leng karolo ya leshome ya efa. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ha o ntse o le tlasa bolaodi ba monna wa hao.”

Ka Seheberu: “kano e akarelletsang thohako.”

Ka Seheberu: “hore serope sa hao se senyehe.”

Ka Seheberu: “hore serope sa hao se senyehe.”

Kapa: “Ha ho be jwalo! Ha ho be jwalo!”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “serope sa hae se tla senyeha.”

Lentswe la Seheberu na·zir′ le bolela “Ya Kgethilweng; Ya Inehetseng; Ya Arotsweng.”

Ka Seheberu: “Lehare le se ke la feta hloohong ya hae.”

Kapa: “a ba haufi le.”

Kapa: “a silafatsa hlooho ya Bonazari ba hae.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a kute hlooho ya Bonazari ba hae.”

Ka Seheberu: “a ka le kgantshetsa sefahleho sa hae.”

Ka Seheberu: “halaletsa.”

Ka Seheberu: “dishekele tse 130.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dishekele tse 70.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “sekotlolo se senyenyane.”

Ka Seheberu: “dishekele tse leshome.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “dipodi tse tona.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dishekele tse 2 400.”

Ka Seheberu: “dishekele tse 120.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “a tsoke” e leng ho isa kwana le kwana.

Ka Seheberu: “o ba tsoke” e leng ho isa kwana le kwana.

Ka Seheberu: “ho ba tsoka,” e leng ho isa kwana le kwana.

Kapa: “Ke a halaleditse.”

Ka Seheberu: “a ba tsoka,” e leng ho isa kwana le kwana.

Ka Seheberu: “pakeng tsa dishwalane tse pedi.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa dishwalane tse pedi.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa dishwalane tse pedi.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a sona.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

E leng Jethro.

Kapa: “o ka ba mahlo a rona.”

Kapa: “dimiriade tse dikete.”

E bolelang “Ho Tjha” e leng ho tuka.

E leng batho bao e seng Baiseraele.

Ke mofuta wa eiye.

Ka Seheberu: “deliame.”

Kapa: “mohlokomedi wa monna.”

Kapa: “ho fihlela e tswa dinkong tsa lona.”

E leng banna ba neng ba ka ya ntweng.

Ka Seheberu: “Na letsoho la Jehova le lekgutshwanyane?”

Kapa: “ba qala ho profeta.”

Dinonyana tse nyenyane tse tenya.

Ka Seheberu: “ditswe tse pedi.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dihomere tse leshome.” Homere e lekana le dilithara tse 220. Sheba Ntlha ya B14.

E bolelang “Dibaka Tsa Lepato Tsa Takatso.”

Kapa: “o ne a ikokobeditse ho feta motho le ha e le ofe.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu: “Ntlo yohle.”

Ka Seheberu: “Ntlong yohle ya ka, o a tshepahala.”

Ka Seheberu: “molomo le molomo.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “Jehoshua,” e bolelang “Jehova ke Poloko.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “e nonne.”

Ka Seheberu: “e otile.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “difeiga.”

E bolelang “Sehlopha sa Morara.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “ditloholo tsa.”

Kapa: “marutle.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “hobane ke bohobe ho rona.”

Ka Seheberu: “difahleho di tadimane.”

Ka Seheberu ke leru le kang pilara.

Ka Seheberu ke mollo o kang pilara.

Ka Seheberu: “jwalo ka motho a le mong.”

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ka nna ya phelang.”

Kapa: “phuleng.”

Ka Seheberu: “ka nna ya phelang.”

Ka Seheberu: “Ditopo tsa lona di tla wa.”

Ka Seheberu: “phahamisitseng letsoho la ka.”

Ka Seheberu: “tsa botekatse.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “ho nketsa sera sa lona.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “hlahloba.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng karolo ya leshome ya efa. Sheba Ntlha ya B14.

E leng kotara ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

E leng kotara ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ya B14.

E leng karolo ya boraro ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

E leng karolo ya boraro ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng dikarolo tse tharo ho tse leshome tsa tekanyo ya efa. Sheba Ntlha ya B14.

E leng halofo ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “Lona ba phutheho.”

Kapa: “dijo.”

Ka Seheberu: “phofo e sa silwang hantle.”

Moo ho polelwang le ho olosetswa teng.

Ka Seheberu: “phofo e sa silwang hantle.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Baiseraele.”

Ka Seheberu: “phutheho yohle.”

Ka Seheberu: “phutheho yohle.”

Ka Seheberu: “phutheho yohle.”

Kapa: “ditjellane.”

Kapa: “di etsa hore le etse botekatse.” Polelo ena ke mokgabopuo. Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ke mashala a tjhesang.

Kapa: “ho re laola.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ke mashala a tjhesang.

Kapa: “ha ke etse se batlwang ke nna.”

Ka Seheberu: “le bula molomo wa lona.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “la ahlamisa molomo wa lona.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Mona ho buuwa ka mashala kapa molora o neng o setse pela dipane kapa ka hara tsona.

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.

Mohlomong ke mashala a tjhesang.

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.

E leng motho eo e seng wa leloko la Arone.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng ntho e nngwe le e nngwe e halaleditsweng ho Modimo ka hore e nehelwe ho Modimo hoo e ke keng ya kgutla.

Ka Seheberu: “dishekele tse hlano.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ho ya ka shekele e halalelang.”

Ka Seheberu: “digera tse 20.” Gera e lekana le dikramo tse 0,57. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

E leng selekane se tla dula se le teng le se sa fetoheng.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “e kgunwana.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “le mmala o sekareleta.”

Kapa: “difeiga.”

E bolelang “Ho Qabana.”

Ka Seheberu: “matsatsi.”

E leng tsela e kgolo.

Ka Seheberu: “le letsoho.”

Ka Seheberu: “o tla nkelwa ho batho ba habo.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

E leng tsa boprista.

E bolelang “Ho Fediswa.”

Kapa: “nyonya.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “diphula.”

Kapa: “Se bineleng.”

Ka Seheberu: “sebakeng.”

Kapa mohlomong: “lehwatata; lefeella.”

E leng tsela e kgolo.

Kapa: “e e potolohileng.”

Kapa: “hlahloba.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Ho ka etsahala hore ke Eufrate.

Kapa: “naha.”

Kapa: “naha.”

Ka Seheberu: “tonki e tshehadi.”

Ka Seheberu: “a bula molomo wa tonki eo e tshehadi.”

Kapa: “hore a ikwahlaye.”

Kapa mohlomong: “lehwatata; lefeella.”

Ka Seheberu: “hore ho hotle mahlong a Jehova.”

Ka Seheberu: “ho batla dipontsho tsa bomadimabe bo tlang.”

Kapa: “diphula.”

Kapa: “ditloholo.”

Ka Seheberu: “e tswang pelong ya ka.”

Kapa: “qetellong ya matsatsi.”

Ka Seheberu: “dihlooho.”

Ka Seheberu: “letsatsing.”

Kapa: “ba ikamahanya le.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “la ahlamisa molomo wa lona.”

Ka Seheberu: “o tla nkelwa ho batho ba heno.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

Kapa: “ho hlompheha.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “pakeng tsa dishwalane tse pedi.”

E leng karolo ya leshome ya efa. Sheba Ntlha ya B14.

E leng kotara ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

E leng kotara ya hine. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “pakeng tsa dishwalane tse pedi.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ya dikgwedi tsa lona.”

Ka Seheberu: “ditekanyo tse tharo ho tse leshome.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “ditekanyo tse pedi ho tse leshome.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “tekanyo ya leshome.” Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “bohobe.”

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

E leng dikarolo tse tharo ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ya B14.

E leng dikarolo tse pedi ho tse leshome tsa efa. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Taba ena e ka bolela mekgwa e fapaneng ya ho itima dintho tse itseng, e akarelletsang ho itima dijo.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “kgathollang.”

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o tla nkelwa ho batho ba heno.” Mantswe ana ke mokgabopuo mme a bolela ho shwa.

Kapa: “bakeng sa lebotho la sesole.”

Kapa: “bakeng sa lebotho la sesole.”

Kapa: “ditente tse potapotilweng ke lerako.”

E leng mofuta wa tshepe e boima.

Ka Seheberu: “dishekele tse 16 750.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.

Kapa: “sehopotso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “haha botjha.”

Karolo e itseng ya sebaka sa Gileade.

E bolelang “Metsana ya Ditente ya Jaire.”

Kapa: “e e potolohileng.”

Ka Seheberu: “ho ya ka mabotho a bona.”

Ka Seheberu: “ba phahamisitse matsoho.”

Kapa: “diemahale tse entsweng ka ho qhibidihiswa.”

Ka Seheberu: “mahlakoreng a lona.”

E leng Lewatle le Shweleng.

Sheba Tlhaloso.

E leng Lewatle le Leholo la Mediterranean.

E leng Lewatle la Mediterranean.

Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”

E leng letsha la Genesarete kapa Lewatle la Galilea.

Ka Seheberu: “ditswe tse 1 000.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.

Ka Seheberu: “ditswe tse 2 000.”

Kapa: “mopheteletsi wa madi.”

Ka Seheberu: “e itseng ha a ntse a mo laletse.”

Ka Seheberu: “a ne a sa mo lalla.”

Ka Seheberu: “molomo.”

Ka Seheberu: “Jubile.”

    Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
    Log Out
    Log In
    • Sesotho (South Africa)
    • Share
    • Preferences
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ya Tshebediso
    • Privacy Policy
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Log In
    Share