LIPESALEME
BUKA EA PELE
(Pesaleme ea 1-41)
1 Ho thaba motho ea sa lateleng keletso ea ba khopo,
Ea sa tsamaeeng tseleng ea baetsalibe,+
Ea sa luleng le basomi.+
2 Empa o thabela molao oa Jehova,+
O bala molao oa Hae le ho nahanisisa ka oona* bosiu le motšehare.+
3 O tla ba joaloka sefate se lenngoeng haufi le melapo ea metsi,
Se behang litholoana ka nako ea tsona,
Seo makhasi* a sona a sa poneng.
O tla atleha linthong tsohle tseo a li etsang.+
4 Ba khopo ha ba joalo.
Ba joaloka ’moko o fefoloang ke moea.
5 Ke kahoo ba khopo ba tla fumanoa ba le molato ha ba ahloloa,+
Le baetsalibe ba ke ke ba fumanoa har’a batho ba lokileng.+
3 Ba re: “A re khaoleng liketane tsa bona
Re lahle le liropo tsa bona.”
4 Ea lutseng teroneng leholimong o tla tšeha.
Jehova o tla ba tšeha.
5 Ka nako eo o tla bua le bona a halefile,
O tla ba tšosa hobane o tla be a halefile haholo.
7 E-re ke phatlalatse taelo ea Jehova.
9 U tla li robakanya ka lere la borena la tšepe.+
U tla li pshatla joaloka sejana sa letsopa.”+
10 Joale lona marena, etsang lintho ka bohlale.
Amohelang khalemelo,* lona baahloli ba lefatše.
11 Tšabang Jehova ha le ntse le mo sebeletsa.
Le thabe le be le mo hlomphe ka ho tebileng.
12 Hlomphang* mora,+ ho seng joalo Molimo o tla halefa
Ebe lea bolaoa, le tlosoa tseleng+
Hobane o khona ho halefa kapele.
Ho thaba bohle ba balehelang ho eena.
Pina ea Davida ha a ne a baleha mora oa hae Absalome.+
3 Jehova, ke hobane’ng ha lira tsa ka li le ngata hakaale?+
Ke hobane’ng ha ba ntoantšang ba le bangata hakaale?+
2 Ba bangata ba re ka ’na:
“Molimo a ke ke a mo pholosa.”+ (Selah)*
3 Empa Jehova, u thebe e ntširelelitseng ka mahlakoreng ’ohle.+
U khanya ea ka+ hape u mpha sebete.*+
7 Nthuse hle Jehova. Mpholose+ Molimo oa ka.
U tla otla lira tsohle tsa ka mehlahareng.
U tla robakanya meno a ba khopo.+
8 Jehova ke eena ea pholosang.+
O hlohonolofatsa batho ba hae. (Selah)
Ho motsamaisi, e binoe ka liletsa tse likhoele. Pina ea Davida.
4 Ha ke u bitsa, u nkarabe hle Molimo oa ka ea lokileng.+
U mpulele tsela ea ho tsoa* ha ke le tsietsing.
Nkhauhele, u mamele thapelo ea ka.
2 Lona bara ba batho, le tla ntlotlolla ho fihlela neng?
Le tla rata lintho tse se nang thuso le ho lula le bua leshano ho fihlela neng? (Selah)
3 Tsebang hore Jehova o tla tšoara motho oa hae ea tšepahalang ka tsela e khethehileng.*
Jehova o tla nkutloa ha ke mo hoeletsa.
4 Ha le halefile, le se ke la etsa sebe.+
Buelang ka lipelong le le libetheng tsa lona ’me le khutse. (Selah)
6 Ho na le ba bangata ba reng: “Ke mang ea tla etsa hore re atlehe?”
U re khantšetse leseli la sefahleho sa hao, Jehova.+
8 Ke tla paqama ke robale ka khotso+
Hobane Jehova, ke uena feela ea etsang hore ke lule ke sireletsehile.+
Ho motsamaisi oa Nehilothe.* Pina ea Davida.
5 Mamela mantsoe a ka hle Jehova.+
U bone matšoenyeho a ka.
2 ’Mamele ha ke lla ke kopa thuso,
Ke rapela uena Morena oa ka le Molimo oa ka.
3 Jehova, u tla utloa lentsoe la ka hoseng.+
Hoseng ke tla bua le uena ka lintho tse ntšoenyang+ ’me ke tla emela hore u nkarabe.
4 Ha u Molimo ea thabisoang ke bobe.+
Ha ho na motho ea etsang lintho tse mpe ea ka lulang le uena.+
5 Ha ho na motho ea ikhohomosang ea ka emang ka pel’a hao.
U hloile bohle ba etsang lintho tse mpe.+
6 U tla felisa batho ba buang leshano.+
Jehova o hloile batho ba ratang ntoa le ba buang leshano.*+
7 Ke tla kena ka tlung+ ea hao hobane u nthata haholo.*+
Ke tla inama ke shebile tempeleng* ea hao e halalelang ho bontša hore ke u hlompha haholo.+
8 Jehova, ntataise hore ke tsamaee tseleng e nepahetseng e le hore ke sireletsehe ho ba ntlhoileng.
Nthuse hore ke tsamaee tseleng ea hao ke sa khoptjoe ke letho.+
9 Lintho tsohle tseo ba li buang ha li tšepahale.
Lipelo tsa bona li tletse lehloeo feela,
’Metso ea bona ke lebitla le ahlameng.
Ba qhekella batho ka maleme a bona.*+
10 Empa Molimo o tla re ba molato.
Ba tla tšoasoa ke maraba a bona.+
E se eka ba ka lelekoa ka lebaka la melato ea bona e mengata
Hobane ba u fetohetse.
11 Empa bohle ba balehelang ho uena ba tla thaba.+
Ba tla hoeletsa ba thabile kamehla.
U tla thibela ba batlang ho ba utloisa bohloko hore ba se ke ba ba atamela.
Ba ratang lebitso la hao ba tla thaba ka lebaka la hao.
12 Jehova, u tla hlohonolofatsa bohle ba lokileng.
U tla ba sireletsa ka mohau oa hao joalokaha eka ke ka thebe e kholo.+
Ho motsamaisi, e binoe ka liletsa tse likhoele ka molumo oa Sheminithe.* Pina ea Davida.
2 Nkhauhele hle Jehova hobane ke felloa ke matla.
Mpholise Jehova+ hobane masapo a ka aa thothomela.
Kea u botsa hle Jehova, ho tla nka nako e telele hakae?+
4 Tloo u mpholose hle Jehova.+
5 Ha motho a shoele, a ke ke a bua ka uena.*
Ke mang ea tla u rorisa a le Lebitleng?*+
6 Ke khathetse ka lebaka la ho lula ke lla.+
Bosiu bohle ke kolobisa bethe ea ka ka likeleli.
Setulo* sa ka se tletse metsi ka lebaka la meokho ea ka.+
7 Ke tšoenyehile haholo ka lebaka la mahlomola a ka,+
Ha ke sa bona hantle ka lebaka la bohle ba ntšoereng hampe.
9 Jehova o tla nkutloa ha ke mo kopa hore a nkutloele bohloko.+
Jehova o tla araba thapelo ea ka.
10 Lira tsohle tsa ka li tla tšoha haholo li be li hlajoe ke lihlong.
Li tla baleha ka tšohanyetso li tlotlolohile.+
Koli-ea-malla* ea Davida eo a ileng a e binela Jehova ka lebaka la mantsoe a Kushe oa Mobenjamine.
7 Jehova Molimo oa ka, ke balehetse ho uena.+
Mpholose ho bohle ba ntlhorisang.+
3 Jehova Molimo oa ka haeba ho e-na le phoso eo ke e entseng,
Haeba ha kea etsa lintho ka toka,
4 Haeba ke foselitse motho ea nketsetsang lintho tse molemo+
Kapa haeba ke hapile thepa ea sera sa ka ntle ho lebaka,*
5 Sera se ke se ntelekise ’me se ntšoare.
Se ke se hatakele bophelo ba ka fatše,
Se etse hore khanya ea ka e felle leroleng. (Selah)
6 Nthuse hle Jehova, ho bontša hore u halefile.
Hanyetsa lira tsa ka tse halefileng.+
Ema, u nthuse, u laele hore lintho li etsoe ka toka.+
7 Lichaba li ke li u pota-pote,
U li ahlole u le sebakeng se phahameng.
Nkahlole hle Jehova, u bone hore na ke lokile
Le hore na kea tšepahala.+
9 Ka kopo, felisa liketso tse mpe tsa ba khopo.
Empa u sireletse ba lokileng+
Hobane u Molimo ea lokileng,+ ea hlahlobang lipelo+ le maikutlo a ka hare-hare.*+
10 Molimo ke thebe ea ka,+ Mopholosi oa ba lipelo li lokileng.+
12 Haeba motho leha e le ofe a sa bake,+ Molimo o leotsa sabole ea hae.+
O koba seqha sa hae ’me o se lokisetsa ho betsa.+
13 O lokisa libetsa tsa hae tse bolaeang.
O lokisa metsu ea hae e tukang.+
14 Bonang motho ea immeng bokhopo.
O emola mathata ’me o tsoala leshano.+
16 Mathata ao a a bakang a tla khutlela ho eena,+
Lintho tse sehloho tseo a li etsang li tla khutlela ho eena.
17 Ke tla rorisa Jehova hobane o na le toka.+
Ke tla binela* lebitso la Jehova+ ea Phahameng ka ho Fetisisa+ lipina tsa thoriso.
Ho motsamaisi oa Gitithe.* Pina ea Davida.
8 Jehova Morena oa rona, lebitso la hao le hlompheha haholo lefatšeng lohle.
U behile khanya ea hao ka holimo ho maholimo.*+
2 U bontša matla a hao ka mantsoe a tsoang ho bana le masea+
E le hore sera sa hao se khopo le se u hanyetsang
Se se ke sa khona ho bua letho.
3 Ha ke bona maholimo a hao, mesebetsi ea matsoho a hao,*
Khoeli le linaleli tseo u li entseng,+
4 Motho ke’ng hore u ’ne u mo hopole
Le mor’a motho ke’ng hore u mo hlokomele?+
6 U mo file matla a ho laola lintho tseo u li bopileng.*+
U behile lintho tsohle tlas’a taolo ea hae:
7 Linku, lipoli le likhomo tsohle
Hammoho le liphoofolo tse hlaha,*+
8 Linonyana tse sepakapakeng le litlhapi tse leoatleng,
Lintho tsohle tse phelang maoatleng.
9 Jehova Morena oa rona, lebitso la hao le hlompheha haholo lefatšeng lohle.
Ho motsamaisi oa Muthe-labene.* Pina ea Davida.
א [Aleph]
9 Ke tla u rorisa ka pelo ea ka eohle Jehova.
Ke tla bolella ba bang ka mesebetsi eohle ea hao e hlollang.+
2 Ke tla thaba ke be ke nyakalle ka lebaka la hao.
Ke tla binela lebitso la hao lithoriso,* Uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
ב [Beth]
4 Oa ntoanela e le hore ke fumane toka.
U lula teroneng ea hao ’me u ahlola ka toka.+
ג [Gimel]
5 U khalemetse lichaba+ oa ba oa felisa ba khopo,
U hlakotse mabitso a bona hore a se ke a hlola a e-ba teng ka ho sa feleng.
6 Lira li felisitsoe ka ho sa feleng.
U fothotse metse ea tsona,
Ha li sa tla hlola li hopoloa.+
ה [He]
7 Jehova o lutse teroneng ka ho sa feleng.+
O lula a busa ’me kamehla o ahlola ka toka.+
8 O tla ahlola lefatše ka toka.+
O tla ahlola lichaba ka tsela e lokileng.+
ו [Waw]
9 Jehova e tla ba setšabelo se sireletsehileng* bakeng sa batho ba hateletsoeng.+
E tla ba setšabelo se sireletsehileng linakong tsa matšoenyeho.+
10 Ba tsebang lebitso la hao ba tla u tšepa.+
Jehova, le ka mohla u ke ke oa lahla ba u sebeletsang.+
ז [Zayin]
11 Binelang Jehova ea lulang Sione lithoriso.
Tsebisang lichaba liketso tsa hae.+
12 Molimo o tla hopola ba hlorisoang ’me a iphetetse ho ba ba bolaileng.+
A ke ke a lebala sello sa bona.+
ח [Heth]
13 Nkhauhele Jehova, bona kamoo ba ntlhoileng ba ntšotlang kateng,
14 E le hore ke bue ka liketso tsa hao tse tšoaneloang ke thoriso likeiting tsa morali oa Sione,+
Ke be ke thabe ka lebaka la tsela eo u pholosang ka eona.+
ט [Teth]
15 Lichaba li oetse ka sekoting seo li se chekileng.
Maoto a tsona a tšoasitsoe ke leraba leo li le patileng.+
16 Jehova o tsejoa ka kahlolo eo a fanang ka eona.+
Ea khopo o tšoasitsoe ke mosebetsi oa matsoho a hae.+
(Higaione.* Selah)
י [Yod]
כ [Kaph]
19 Etsa ho hong hle Jehova! U se ke oa lumella hore motho a hlole.
E se eka lichaba li ka ahloloa ka pel’a hao.+
ל [Lamed]
10 Jehova, ke hobane’ng ha u emeletse hole?
Ke hobane’ng ha u ipata ha re le matšoenyehong?+
2 Ea khopo oa ikhohomosa, o lelekisa ea sa khoneng ho itšireletsa+
Empa ea khopo o tla tšoasoa ke maraba a hae.+
נ [Nun]
Ha a hlomphe Jehova.
4 Motho ea khopo ha a etse lipatlisiso hobane oa ikhohomosa.
O lula a nahana a re: “Molimo ha a eo.”+
O nyatsa* lira tsohle tsa hae.
6 Ka pelong ea hae o re: “Nke ke ka sisinngoa le ka mohla.
Nke ke ka hlaheloa ke tlokotsi le ka mohla.”*+
פ [Pe]
7 Molomong oa hae ho tsoa litlhapa, mashano le litšoso.+
Ka tlas’a leleme la hae ho na le mathata le lintho tse kotsi.+
8 O lalla haufi le metsana.
Moo a ipatileng o bolaea motho ea se nang molato.+
ע [Ayin]
Mahlo a hae a shebile motho eo a ka mo hlaselang.+
9 O lalla sebakeng sa hae seo a ipatang ho sona joaloka tau selaong sa eona.*+
O emetse ho tšoara ea sa khoneng ho itšireletsa.
Ha a hula letlooa la hae, o tšoasa ea sa khoneng ho itšireletsa.+
10 Motho ea hlorisoang o lahleloa fatše a be a hatelloe.
Ba malimabe ba oela matsohong a ea khopo.
11 Ka pelong ea hae o re: “Molimo o lebetse.+
Ha a na taba.*
Ha a bone letho.”+
ק [Qoph]
12 Etsa ho hong hle Jehova.+ Bontša matla a hao hle Molimo oa ka.+
U se ke oa lebala ba sa khoneng ho itšireletsa.+
13 Ke hobane’ng ha ea khopo a sa hlomphe Molimo?
Ka pelong o re: “A ke ke a nkahlola.”
ר [Resh]
14 Empa uena u bona mathata le matšoenyeho.
Oa bona ebe u etsa ho hong ka seo.+
Ea hlaseloang o tla ho uena.+
ש [Shin]
15 Etsa hore ea khopo a se ke a e-ba le matla.*+
E le hore ha u batla bokhopo ba hae,
U se ke oa hlola u bo fumana.
16 Jehova ke Morena ka ho sa feleng.+
Lichaba li felisitsoe lefatšeng.+
ת [Taw]
17 Jehova, u tla utloa likopo tsa ba bonolo.+
U tla ba matlafatsa+ ’me u ba mamele ka hloko.+
18 U tla phethahatsa toka ho likhutsana le ho batho ba hateletsoeng+
E le hore motho leha e le ofe lefatšeng a se ke a hlola a ba tšosa.+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida.
Joale ke hobane’ng ha le re ho ’na:
“Balehela thabeng ea hao joaloka nonyana?
2 Bona kamoo ba khopo ba kobang seqha kateng.
Ba lokisa metsu ea bona khoeleng ea seqha
Hore ha ba le lefifing ba betse ba lipelo li ntle.
4 Jehova o tempeleng ea hae e halalelang.+
Terone ea Jehova e leholimong.+
Mahlo a hae aa bona, mahlo a hae a lulang a shebile a hlahloba bara ba batho.+
5 Jehova o hlahloba ea lokileng le ea khopo.+
O hloile bohle ba ratang ntoa.+
6 O tla nesetsa ba khopo mahlomola.*
Mollo, sebabole+ le moea o chesang e tla ba karolo ea seo ba lokelang ho se noa.
Ho motsamaisi. E bapaloe ka molumo oa Sheminithe.* Pina ea Davida.
12 Mpholose hle Jehova hobane batho ba tšepahalang ha ba sa le eo.
Batho ba tšepahalang ba felile.
2 Batho ba bolellana leshano.
Baa qhekella ka melomo ea bona* ebile ba thetsa ba bang.*+
3 Jehova o tla koala melomo eohle e qhekellang,
O tla khaola maleme a ba ratang ho ithorisa,+
4 Ba reng: “Re fumana seo re se batlang ka lebaka la maleme a rona.
Re bua ka mokhoa oo re batlang.
Ha ho na motho ea ka re laolang.”+
5 Jehova o re, “Ka lebaka la hore ba hlophehileng baa hatelloa,
Ka lebaka la hore ba futsanehileng baa lla,+
Ke tla etsa ho hong ho ba thusa.
Ke tla ba pholosa ho ba ba tšoarang hampe.”*
6 Lipolelo tsa Jehova li hloekile.+
Li tšoana le silevera e hloekisitsoeng seboping sa mollo,* e hloekisitsoeng ka makhetlo a supileng.
O tla sireletsa e mong le e mong oa bona molokong ona ka ho sa feleng.
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
13 Jehova hle, u tla ntebala ho fihlela neng? Ka ho sa feleng?
U tla mpatela sefahleho sa hao ho fihlela neng?+
2 Ke tla lula ke hlorile,
Pelo ea ka e saretsoe letsatsi le letsatsi ho fihlela neng?
Sera sa ka se tla nkhatella ho fihlela neng?+
3 Nchebe ’me u nkarabe hle Jehova Molimo oa ka.
Etsa hore ke boele ke be le matla* e le hore ke se ke ka shoa
4 Eaba sera sa ka se re: “Ke mo hlotse.”
U se ke oa lumella bahanyetsi ba ka hore ba thabe hobane ke hlotsoe.+
5 Ha e le ’na, kea tšepa hore u tla mpontša hore oa nthata.*+
Pelo ea ka e tla thaba ha u mpholosa.+
6 Ke tla binela Jehova hobane o mputsitse haholo.*+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida.
14 Ea se nang kelello o re ka pelong:
“Jehova ha a eo.”+
Ba etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang.
Ha ho na ea etsang lintho tse ntle.+
2 Empa Jehova o shebile batho a le leholimong
Ho bona hore na ho na le ea nang le kutloisiso kapa ea ntseng a batla Jehova.+
Kaofela ba etsa lintho tse mpe.
Ha ho na ea etsang lintho tse ntle,
Ha ho le ea mong.
4 Ke hobane’ng ha batho ba etsang lintho tse mpe ba se na kutloisiso?
Ba felisa sechaba sa ka habonolo joalokaha eka ba ja bohobe.
Ha ba rapele Jehova.
6 Lona ba etsang lintho tse mpe, le leka ho sitisa merero ea ea tlasana
Empa Jehova ke setšabelo sa hae.+
7 E se eka poloko ea Iseraele e ka tsoa Sione.+
Ha Jehova a khutlisa batho ba hae botlamuoeng,
Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.
Pina ea Davida.
15 Jehova, ke mang eo e ka bang moeti tenteng ea hao?
Ke mang ea ka lulang thabeng ea hao e halalelang?+
O phethahatsa litšepiso* tsa hae le haeba seo se ka etsa hore lintho li se ke tsa mo tsamaela hantle.+
5 Ha a alimane ka chelete ea hae ka phaello+
Ebile ha a nke tjotjo e le hore a qose ea se nang molato.+
Ea etsang lintho tsena a ke ke a sisinngoa* le ka mohla.+
Miktame* ea Davida.
16 Ntšireletse hle Molimo hobane ke balehetse ho uena.+
2 Ke itse ho Jehova: “Ke uena Jehova, mohloli oa ka oa lintho tse molemo.
4 Ba ikemiselitseng ho sebeletsa melimo e meng ba ipakela mathata a mangata.+
Nke ke ka ba etsetsa nyehelo ea seno ea mali
Kapa ka bua ka bona.+
5 Jehova ke eena ea mphang lintho tsohle*+ le ea tlatsang kopi ea ka ka mahlohonolo.+
O sireletsa lefa la ka.
6 Ke filoe libaka tse ntle.
Kannete ke khotsofaletse lefa la ka.+
7 Ke tla rorisa Jehova ea mphileng keletso.+
Le bosiu maikutlo* a ka a ka hare-hare aa nkhalemela.+
8 Ke lula ke nahana ka Jehova.+
Kaha o ka letsohong la ka le letona, nke ke ka tšoenyeha* le ka mohla.+
9 Pelo ea ka e nyakaletse, ke thabile haholo
Hape ke sireletsehile.
10 U ke ke oa ntlohela Lebitleng.*+
U ke ke oa lumella ’mele oa motho ea u tšepahallang hore o bolle lebitleng.*+
11 U ntsebisa tsela ea bophelo.+
Motho ea pel’a hao o thaba haholo,+
Ea ka letsohong la hao le letona o lula a thabile.
Thapelo ea Davida.
17 Utloa kopo ea ka ’me u nketsetse toka hle Jehova.
Mamela sello sa ka ha ke kopa thuso.
Utloa thapelo ea ka eo ke e etsang ke sa bue leshano.+
2 E se eka u ka etsa qeto e lokileng ka ’na.+
Mahlo a hao a ke a bone se lokileng.
3 U hlahlobile pelo ea ka, oa ntlhahloba le bosiu.+
U ntlhoekisitse.+
U tla fumana hore ha kea rera letho le lebe
Le hore molomo oa ka ha oa bua letho le phoso.
4 Ha ke etse lintho tseo linokoane li li etsang joalokaha batho ba bang ba etsa,
Ke mamela mantsoe a hao.+
6 Ke hoeletsa uena hobane u tla nkaraba,+ Molimo oa ka.
’Mamele.* Utloa mantsoe a ka.+
7 Bontša lerato* la hao ka litsela tse hlollang,+
Uena Mopholosi oa ba balehelang letsohong la hao le letona hore ba fumane tšireletso
Ho ba u fetohelang.
8 Ntšireletse joaloka thaka ea leihlo la hao.+
Mpate moriting oa mapheo a hao.+
10 Ha ba na kutloelo-bohloko.
Baa ikhohomosa ha ba bua.
Ba batla monyetla oa ho re liha.*
12 Ea khopo o joaloka tau e batlang ho khaola phofu ea eona likoto,
O tšoana le taoana e ipatileng hore e hlasele.
13 Nthuse hle Jehova, mo loantše+ ’me u mo lihele fatše.
Mpholose ho ea khopo ka sabole ea hao.
14 Mpholose ka letsoho la hao hle Jehova,
Ho batho ba lefatše lena ba tšoenyehileng ka bophelo ba hona joale feela,*+
Bao u ba fang lintho tse ngata tse molemo+
Le ba sielang bara ba bona ba bangata lefa.
15 Ha e le ’na, ke tla bona sefahleho sa hao hobane ke lokile.
Ke tsoha ke khotsofetse hobane u pel’a ka.*+
Ho motsamaisi. Pina eo Davida mohlanka oa Jehova a e binetseng Jehova letsatsing leo Jehova a ileng a mo pholosa matsohong a lira tsohle tsa hae le letsohong la Saule. O ile a re:+
18 Kea u rata, Jehova matla a ka.+
2 Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng ’me ke eena ea mpholosang.+
Molimo oa ka ke lefika la ka+ ’me ke tla balehela ho eena,
Ke thebe ea ka le lenaka* la ka la poloko,* setšabelo sa ka se sireletsehileng.*+
4 Liropo tsa lefu li ne li nthatetse.+
Batho ba bangata ba khopo joaloka metsi a moroallo ba ile ba ntšosa.+
5 Liropo tsa Lebitla* li ile tsa mpota-pota.
Lefu le ne le nchehetse leraba.+
6 Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova,
Ka ’na ka llela ho Molimo oa ka ho kopa thuso.
7 Lefatše la sisinyeha ’me la reketla.+
Metheo ea lithaba ea thothomela
Le ho tsukutleha hobane o ne a halefisitsoe.+
Ho ne ho tsoa mashala a hlenneng ho eena.
10 O ne a palame kerubime, a tla a fofa.+
A theoha ka potlako a le holim’a mapheo a lengeloi.*+
A ne a mo pota-potile ka hohle joaloka tente.
12 Ho ile ha e-ba le khanya ka pel’a hae,
Sefako le mashala a hlenneng a tsoa marung.
13 Jehova a luma a le leholimong.+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentsoe la hae le utloahale+
Ka sefako le mashala a hlenneng.
14 A betsa metsu ea hae eaba oa ba hasanya.+
A lahlela lehalima la hae ’me a ba ferekanya.+
15 Likotopo tsa metsi tsa bonahala.+
Jehova, ha u khalemela metheo ea lefatše ea senoleha.
E senoloa ke moea o matla o tsoang linkong tsa hao.+
16 O ile a otlolla letsoho la hae a le holimo.
A ntšoara ’me a nkhula metsing a tebileng.+
19 A ntlisa sebakeng se sireletsehileng.*
A mpholosa hobane ke ne ke mo khahlisa.+
20 Jehova oa mputsa hobane ke lokile.+
Oa mputsa hobane ha ke na molato.*+
21 Ke mamela melao ea Jehova kamehla.
Ha kea etsa lintho tse mpe ’me ka tlohela Molimo oa ka.
22 Ke lula ke hopola melao eohle ea hae.
Nke ke ka iphapanyetsa litaelo tsa hae.
30 Lintho tsohle tseo Molimo oa ’nete a li etsang li phethahetse.+
Polelo ea Jehova e hloekile.+
Ke thebe ho bohle ba balehelang ho eena.+
31 Molimo ke mang ntle ho Jehova?+
Lefika ke mang ntle ho Molimo oa rona?+
33 O etsa hore maoto a ka a be joaloka a khama.
O nkemisa libakeng tse phahameng.+
34 O koetlisa matsoho a ka bakeng sa ntoa.
Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo.
35 U mpha thebe ea hao ea poloko,+
Letsoho la hao le letona lea ntšehetsa,*
Boikokobetso ba hao boa mphahamisa.+
36 U etsetsa mehato ea ka tsela e bulehileng.
Maoto* a ka a ke ke a thella.+
37 Ke tla lelekisa lira tsa ka ’me ke li tšoare.
Nke ke ka khutla ho fihlela li felisitsoe.
38 Ke tla li silakanya e le hore li se ke tsa khona ho tsoha.+
Li tla oela tlas’a maoto a ka.
39 U tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntoa.
U tla etsa hore lira tsa ka li oele ka tlas’a ka.+
41 Baa lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ea ba pholosang.
Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.
42 Ke tla ba tula hore ba silehe joaloka lerole le fefoloang ke moea.
Ke tla ba lahlela ka ntle joaloka seretse literateng.
43 U tla mpholosa ho batho ba tšoaeang liphoso.+
U tla nketsa hlooho ea lichaba.+
Batho bao ke neng ke sa ba tsebe ba tla ntšebeletsa.+
44 Ha ba utloela ka ’na ba tla ’mamela.
Balichaba ba tla ikokobetsa ka pel’a ka.+
45 Balichaba ba tla nyahama.
Ba tla tsoa ba thothomela libakeng tsa bona tse sireletsehileng.
46 Jehova oa phela. Ho rorisoe Lefika la ka.+
Ho ke ho phahamisoe Molimo oa poloko ea ka.+
47 Molimo oa ’nete o iphetetsa bakeng sa ka.+
O etsa hore batho ba be tlas’a ka.
48 O mpholosa ho lira tsa ka tse halefileng.
O mphahamisetsa holimo, hole le ba ntlhaselang.+
O mpholosa ho motho ea ratang ho loana.
49 Jehova, ke ka lebaka leo ke tla u rorisa har’a lichaba.+
Ke tla binela lebitso la hao lipina tsa thoriso.+
50 O etsa liketso tse kholo tsa poloko bakeng sa morena oa hae.+
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
19 Maholimo a phatlalatsa khanya ea Molimo.+
Sepakapaka se phatlalatsa mosebetsi oa matsoho a hae.+
2 Letsatsi le letsatsi ho utloahala seo li se buang.
Bosiu bo bong le bo bong li senola tsebo ea hae.
3 Maholimo ha a bue letho ebile ha a na mantsoe.
Lentsoe la ’ona ha le utloahale.
4 Empa molumo* oa ’ona o utloahala lefatšeng lohle
Le molaetsa oa ’ona o fihla likarolong tse hole tsa lefatše.+
O hlometse letsatsi tente leholimong.
5 Le tšoana le monyali ha a tsoa kamoreng ea hae.
Le thaba joaloka monna ea matla ea mathang lebelong.
Ha ho na letho le ka ipatelang mocheso oa lona.
7 Molao oa Jehova o phethahetse,+ o etsa hore motho a boele a be le matla.+
Melao* ea Jehova ea tšepahala,+ e hlalefisa ea se nang boiphihlelo.+
8 Litaelo tsa Jehova li lokile, li thabisa pelo.+
Litaelo tsa Jehova li hloekile, li khantša mahlo.+
9 Ho tšaba Jehova ho hloekile,+ ke ntho e tla lula e le teng.
Likahlolo tsa Jehova ke tsa ’nete, kaofela ha tsona li lokile.+
Li monate ho feta mahe a linotši,+ a rothang khekheng ea tsona.
11 Mohlanka oa hao o lemositsoe ke tsona.+
Ea li mamelang o fumana moputso o moholo.+
12 Ke mang ea ka lemohang liphoso?+
Ntšoarele ka libe tseo ke sa hlokomelang hore ke li entse.
13 Nthibe hore ke se ke ka ba le boikhohomoso.+
U se ke oa bo lumella hore bo ntaole.+
14 E se eka mantsoe a ka le lintho tseo ke nahanisisang ka tsona
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
20 E se eka Jehova a ka u araba ha u le mahlomoleng.
E se eka lebitso la Molimo oa Jakobo le ka u sireletsa.+
3 A ke a hopole linyehelo tsohle tsa hao.
E se eka a ka amohela nyehelo ea hao ea secheso ka thabo.* (Selah)
5 Re tla hoeletsa re thabile hobane oa re pholosa.+
Re tla phahamisa lifolakha tsa rona ho rorisa lebitso la Molimo oa rona.+
E se eka Jehova a ka u etsetsa lintho tsohle tseo u li kopang.
6 Joale kea tseba hore Jehova o pholosa motlotsuoa oa hae.+
O mo araba a le maholimong a hae a halalelang
Ka ho mo pholosa ka letsoho la hae le letona le matla.+
7 Batho ba bang ba tšepile likariki tsa ntoa, ba bang ba tšepile lipere+
Empa rona re tšepile lebitso la Jehova Molimo oa rona.+
Re arabe mohla re kopang thuso.+
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
21 Jehova, morena o thabisoa ke matla a hao.+
O thaba haholo hobane oa mo pholosa.+
2 U mo file seo pelo ea hae e se lakatsang+
Ebile ha oa mo hanela ka lintho tseo a li kopileng. (Selah)
3 U mo fa litlhohonolofatso tse ngata.
U mo roesa korone ea khauta e hloekisitsoeng.+
5 O hlomphuoa haholo hobane oa mo pholosa.+
U mo fa seriti le bokhabane.
6 U mo hlohonolofatsa ka ho sa feleng.+
U etsa hore a thabe hobane u na le eena.+
A ke ke a sisinngoa le ka mohla, ka lebaka la lerato* la ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
8 Letsoho la hao le tla tšoara lira tsohle tsa hao.
Letsoho la hao le letona le tla tšoara ba u hloileng.
9 Ha u tla u tl’o ba hlahloba ka nako eo u e behileng, u tla ba felisa joalokaha eka u ba lahlela mollong.
Jehova o tla ba koenya a halefile ’me mollo o tla ba felisa.+
11 Ba ne ba u reretse lintho tse mpe.+
Ba lohile mano a ke keng a atleha.+
13 Etsa ho hong hle Jehova ’me u bontše matla a hao.
Re tla u binela lithoriso ka lebaka la matla a hao.
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “Khama e Tšehali ea Meso.”* Pina ea Davida.
22 Molimo oa ka, Molimo oa ka, u ntahletse’ng?+
Ke hobane’ng ha u le hole, u sa mpholose,
U sa utloe sello sa ka ha ke utloile bohloko?+
2 Molimo oa ka, ke lula ke u bitsa motšehare empa ha u nkarabe.+
Le bosiu ha ke khone ho thola.
4 Bo-ntate ba rona ba ile ba u tšepa.+
Ba u tšepa eaba oa ba pholosa.+
5 Ba ile ba llela ho uena eaba oa ba pholosa.
Ba u tšepa ’me ha oa ka oa ba soetsa.*+
6 Empa ’na ha ke motho, ke seboko.
Batho baa ’nyefola ebile ba ntlhoile.+
7 Batho bohle ba mponang baa ntšeha.+
Ba ncheba ka lenyatso ebile ba sisinya lihlooho ba re:+
8 “O tšepile Jehova. A ke a mo pholose.
A ke a mo pholose hobane oa mo rata.”+
9 Ke uena ea entseng hore ke tsoe ka popelong ea ’Mè,+
Ea entseng hore ke ikutloe ke sireletsehile matsoeleng a ’mè oa ka.
10 Haesale u ntlhokometse* ho tloha ha ke tsoaloa.
Haesale u le Molimo oa ka ho tloha ha ke le ka popelong ea ’mè oa ka.
11 U se ke oa ba hole le ’na hobane mathata a haufi.+
Ha ke na motho e mong ea ka nthusang.+
12 Lipohoana tse ngata li mpota-potile.+
Lipoho tse matla tsa Bashane li mpota-potile.+
13 Lira tsa ka li ahlamisitse melomo li batla ho ntlhasela+
Joaloka tau e purumang e harolang phofu ea eona hore e be likoto.+
14 Ke tšolotsoe joaloka metsi,
Masapo ’ohle a ka a tsoile manonyeletsong a ’ona.
15 Ha ke sa na matla joaloka leqhetsoana la sejana se pshatlehileng sa letsopa.+
Leleme la ka le khomaretse mareneneng.+
U ntheolela leroleng la lefu.+
Li mpotolohile joaloka batho ba etsang lintho tse mpe,+
Li matsohong a ka le maotong a ka joaloka tau.+
17 Nka khona ho bala masapo a ka kaofela.+
Ba nchebile ebile ba ntonetse mahlo.
19 Jehova, u se ke oa ba hole le ’na.+
Ke uena ea mphang matla, nthuse kapele.+
21 Mpholose molomong oa tau+ le manakeng a lipoho tse hlaha.
Nkarabe ’me u mpholose.
22 Ke tla bolella bana beso lebitso la hao.+
Ke tla u rorisa har’a phutheho.+
23 Lona ba tšabang Jehova, mo roriseng.
Lona litloholo* tsohle tsa Jakobo, mo tlotliseng.+
Le mo tšabe, lona litloholo* tsohle tsa Iseraele.
24 Ha a iphapanyetse mahlomola a ea hateletsoeng.+
Ha a mo patele sefahleho sa hae.+
Ha a ne a llela ho eena ho kopa thuso, o ile a mo utloa.+
25 Ke tla u rorisa phuthehong e kholo.+
Ke tla phetha likano tsa ka ka pel’a ba mo tšabang.
26 Ba bonolo ba tla ja ba be ba khore.+
Ba batlang Jehova ba tla mo rorisa.+
E se eka le ka thabela bophelo* ka ho sa feleng.
27 Batho lefatšeng lohle ba tla hopola Jehova ba be ba khutlele ho eena.
Malapa ’ohle a lichaba a tla khumama ka pel’a hao.+
O busa lichaba.
29 Batho bohle ba atlehileng lefatšeng ba tla ja ’me ba mo inamele.
Bohle ba khutlelang leroleng ba tla khumama ka pel’a hae.
Ha ho na ea ka khonang ho boloka bophelo ba hae.
30 Litloholo* tsa bona li tla mo sebeletsa.
Moloko o tlang o tla bolelloa ka Jehova.
31 Ba tla tla ’me ba bue ka liketso tsa hae tse lokileng.
Ba tla bolella batho ba tla tsoaloa lintho tseo a li entseng.
Pina ea Davida.
Nke ke ka hloka letho.+
2 O nthobatsa makhulong a tletseng joang.
O nkisa libakeng tse nang le metsi a mangata moo ke tla phomola teng.*+
O ntsamaisa litseleng tsa ho loka ka lebaka la lebitso la hae.+
Molamu oa hao le lere la hao li etsa hore ke ikutloe ke sireletsehile.*
5 O ntekela tafole ka pel’a lira tsa ka.+
O tlotsa* hlooho ea ka ka oli.+
Kopi ea ka e tletse.+
6 Molemo oa hao le lerato* la hao li tla ntšala morao ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka,+
Ke tla lula ka tlung ea Jehova bophelo bohle ba ka.+
Pesaleme ea Davida. Pina.
3 Ke mang ea ka nyolohelang thabeng ea Jehova?+
Ke mang ea ka emang sebakeng sa hae se halalelang?
4 Ke ea se nang molato le ea pelo e hloekileng,+
Ea sa ikanang ka leshano ka ’na*
Le ea sa etseng kano ka ho bua leshano.+
6 Ona ke moloko oa ba mo batlang,
Oa ba batlang sefahleho sa hao, Molimo oa Jakobo. (Selah)
7 Phahamisang lihlooho, lona likeiti.+
8 Morena eo ea khanyang ke mang?
9 Phahamisang lihlooho, lona likeiti.+
Bulang, lona menyako ea khale
E le hore Morena ea khanyang a ka kena.
10 Morena eo ea khanyang ke mang?
Jehova oa mabotho, ke eena Morena ea khanyang.+ (Selah)
Pesaleme ea Davida.
א [Aleph]
25 Ke tla ho uena, Jehova.
ב [Beth]
2 Molimo oa ka, ke tšepile uena.+
U se ke oa lumella hore ke hlajoe ke lihlong.+
U se ke oa lumella lira tsa ka hore li thabe ka lebaka la matšoenyeho a ka.+
ג [Gimel]
3 Batho bohle ba u tšepileng ba ke ke ba hlajoa ke lihlong+
Empa ba rerelang ba bang bolotsana ke bona ba tla hlajoa ke lihlong.+
ד [Daleth]
4 Ntsebise litsela tsa hao, Jehova.+
Nthute litsela tsa hao.+
ה [He]
ו [Waw]
Ke tšepile uena kamehla.
ז [Zayin]
ח [Heth]
7 U se ke oa hopola libe tsa bocheng ba ka le liphoso tsa ka.
ט [Teth]
8 Jehova o molemo ebile o lokile.+
Ke ka lebaka leo a rutang baetsalibe hore na ba phele joang.+
י [Yod]
כ [Kaph]
ל [Lamed]
מ [Mem]
12 Ke mang ea tšabang Jehova?+
O tla mo rupela hore a tsebe tsela eo a lokelang ho e khetha.+
נ [Nun]
ס [Samekh]
ע [Ayin]
15 Ke lula ke tšepile Jehova hore a nthuse.+
O tla tšoasolla maoto a ka lerabeng.*+
פ [Pe]
16 Nchebe ’me u nkhauhele
Hobane ke mong ebile ha ho na ea nthusang.
צ [Tsade]
17 Lintho tse tšoenyang pelo ea ka li eketsehile.+
Ntokolle mahlomoleng a ka.
ר [Resh]
19 Bona kamoo lira tsa ka li leng ngata kateng.
Li ntlhoile hoo li batlang ho ntematsa.
ש [Shin]
20 Lebela bophelo ba ka ’me u mpholose.+
U se ke oa ntlohela hore ke hlajoe ke lihlong hobane ke balehetse ho uena.
ת [Taw]
21 E se eka nka sireletsoa hobane kea tšepahala ebile ke etsa lintho tse lokileng.+
Ke tšepile uena.+
22 Molimo oa ka, pholosa Iseraele mahlomoleng ’ohle a hae.
Pesaleme ea Davida.
26 Nkahlole hle Jehova hobane kea tšepahala.+
Ke tšepile Jehova ke sa thekesele.+
2 Ntlhahlobe hle Jehova ’me u nteke.
Hloekisa menahano ea ka e ka hare-hare* le pelo ea ka.+
4 Ha ke motsoalle* oa batho ba leshano.+
Ha ke tloaelane le batho ba patang seo ba leng sona.*
6 Ke tla hlapa matsoho a ka ho bontša hore ha ke na molato.
Ke tla potoloha aletare ea hao Jehova
7 Hore ke utloahale ha ke u leboha+
Le hore ke bolele mesebetsi eohle ea hao e hlollang.
9 U se ke oa ntlosa le baetsalibe+
Kapa oa felisa bophelo ba ka le batho ba ratang ntoa,*
10 Bao matsoho a bona a etsang lintho tse soabisang
Le bao letsoho la bona le letona le ratang ho nka tjotjo.
11 Ha e le ’na, ke tla lula ke tšepahala.
Mpholose* ’me u nkhauhele.
12 Leoto la ka le eme sebakeng se sireletsehileng.+
Ke tla rorisa Jehova har’a phutheho e kholo.+
Pesaleme ea Davida.
27 Jehova ke leseli la ka+ le mopholosi oa ka.
Ke tla tšaba mang?+
Jehova o sireletsa bophelo ba ka.+
Ke tla tšosoa ke mang?
2 Ha batho ba khopo ba ntlhasela hore ba qete ka ’na,+
Lira tsa ka le bahanyetsi ba ka ke bona ba ileng ba khoptjoa ’me ba oa.
Le haeba nka hlaseloa,
Ke tla lula ke e-na le tšepo.
4 Ke kopile ntho e le ’ngoe ho Jehova
E leng ntho eo ke e batlang,
Hore ke lule ka tlung ea Jehova ka matsatsi ’ohle a bophelo ba ka,+
Ke bohe botle ba Jehova
5 O tla mpata sebakeng sa hae ha ke hlaheloa ke tlokotsi.+
A mpate ka tenteng ea hae sebakeng se patehileng.+
O tla mpeha holimo lefikeng.+
6 Ke hlotse lira tsa ka tse mpota-potileng.
Ke tla etsa mahlabelo tenteng ea hae ke hoelelitse, ke thabile.
Ke tla binela Jehova lithoriso.
7 Utloa sello sa ka hle Jehova.+
Nkhauhele ’me u nkarabe.+
8 Pelo ea ka e nkhopotsa taelo ea hao e reng:
“Batlang sefahleho sa ka.”
Jehova, ke tla batla sefahleho sa hao.+
9 U se ke oa mpatela sefahleho sa hao.+
U se ke oa nteleka ka bohale.
U mothusi oa ka.+
U se ke oa ntahla kapa oa ntlohela, Molimo oa ka ea mpholosang.
12 U se ke oa nehelana ka ’na ho lira tsa ka.+
Lipaki tse leshano lia nqosa,+
Li batla ho ntoantša.
13 Nka be ke le hokae haeba ke ne ke se na tumelo
Ea hore ke tla bona kamoo Jehova a leng molemo kateng ha ke ntse ke phela?*+
Tšepa Jehova.
Pesaleme ea Davida.
28 Ke kopa thuso ho uena kamehla, Jehova lefika la ka.+
U se ke oa iphapanyetsa ’na.
2 Utloa likopo tsa ka ha ke llela ho uena ke kopa thuso,
Ha ke phahamisa matsoho a ka ke shebile kamoreng e ka hare-hare ea sehalalelo sa hao.+
3 U se ke oa nkahlola le ba khopo, ba etsang lintho tse kotsi,+
Ba buang le batho ba bang ka khotso empa lipelo tsa bona li le khopo.+
U ba putse ho ea ka mosebetsi oa matsoho a bona,
Ho ea ka seo ba se entseng.+
O tla ba liha ’me a ke ke a ba emisa.
6 E se eka Jehova a ka rorisoa
Hobane o nkutloile ha ke kopa thuso.
7 Jehova ke matla a ka+ le thebe ea ka.+
Ke mo tšepile ka pelo eohle ea ka.+
O nthusitse ’me pelo ea ka e thabile.
Kahoo, ke tla mo rorisa ka pina ea ka.
8 Jehova ke matla a batho ba hae.
O joaloka sebaka se sireletsehileng ’me o pholosa motlotsuoa oa hae.+
9 Pholosa batho ba hao, u ba hlohonolofatse.+
U ba lise ’me u ba jare ka ho sa feleng.+
Pesaleme ea Davida.
2 Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.
Inamelang* Jehova le apere liaparo tse halalelang.*
3 Lentsoe la Jehova le utloahala holim’a metsi.
Lentsoe la Molimo ea khanyang lea luma.+
Jehova o holim’a metsi a mangata.+
4 Lentsoe la Jehova le matla.+
Lentsoe la Jehova lea hlolla.
5 Lentsoe la Jehova le roba lifate tsa kedare.
Jehova o robakanya likedare tsa Lebanone.+
6 O etsa hore Lebanone* e tlola-tlole joaloka namane
Le hore Sirione+ e tlola-tlole joaloka pohoana ea naheng.
7 Lentsoe la Jehova le otla ka malakabe a mollo.+
8 Lentsoe la Jehova le thothometsa lefeella.+
Jehova o etsa hore lefeella la Kadeshe+ le thothomele.
Bohle ba ka tempeleng ea hae ba re: “Khanya!”
10 Jehova o busa holim’a metsi a moroallo.*+
Jehova o busa e le morena ka ho sa feleng.+
11 Jehova o tla fa batho ba hae matla.+
Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka ho ba fa khotso.+
Pina ea ho khakola ntlo. Pesaleme ea Davida.
30 Ke tla u phahamisa Jehova hobane u ile oa mpholosa.*
Ha oa ka oa lumella hore lira tsa ka li thabe ka lebaka la ka.+
2 Jehova Molimo oa ka, ke ile ka llela ho uena ke kopa thuso eaba oa mpholisa.+
3 Jehova, u ’nyollotse Lebitleng.*+
U mpolokile ke phela, oa mpholosa hore ke se ke ka oela ka sekoting.*+
4 Binelang Jehova lithoriso, lona batho ba hae ba tšepahalang,+
Rorisang lebitso la hae le halalelang*+
5 Hobane Molimo o halefela motho ka nakoana+
Empa ha a hauhela motho, o mo hauhela bophelo bohle.+
Leha ho ka ba le sello mantsiboea, hoseng ho ba le thabo.+
6 Ha ke ne ke se na mathata, ke ile ka re:
“Nke ke ka sisinngoa le ka mohla.”
7 Ka lebaka la mosa oa hao Jehova, u entse hore ke be matla joaloka thaba.+
Empa ha u mpatela sefahleho sa hao, ke ile ka tšoha haholo.+
8 Jehova, ke ile ka ’na ka u bitsa.+
Ka ’na ka kopa hore u nkhauhele, Jehova.
9 Ho na le molemo ofe haeba ke shoa, haeba ke theohela sekoting?*+
Na lerole le tla u rorisa?+ Na le tla bua hore oa tšepahala?+
10 Utloa hle Jehova ’me u nkhauhele.+
Nthuse hle Jehova.+
11 U entse hore ke tantše ke thabile ho e-na le hore ke utloe bohloko.
U tlositse lesela la ka le hoashang,* oa nkapesa thabo,
12 E le hore ke u binele lithoriso ’me ke se ke ka thola.
Jehova Molimo oa ka, ke tla u rorisa ka ho sa feleng.
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
31 Ke balehetse ho uena Jehova.+
E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.+
Mpholose hobane u lokile.+
Tloo kapele u tl’o mpholosa.+
E-ba joaloka thaba e sireletsehileng ho ’na,
U be sebaka se sireletsehileng hore u mpholose.+
3 U lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+
U tla nketella pele u be u ntataise+ ka lebaka la lebitso la hao.+
5 Ke beha bophelo ba ka matsohong a hao.+
U ntopolotse, Jehova Molimo ea nang le ’nete.*+
6 Ke hloile ba rapelang litšoantšo tse se nang thuso, tsa lefeela
Empa ha e le ’na, ke tšepile Jehova.
Oa tseba hore ke tšoenyehile haholo.
9 Nkhauhele hle Jehova hobane ke mahlomoleng.
Ho tšoenyeha ho entse hore mahlo a ka le ’mele ’ohle oa ka li khathale.+
Matla a ka aa fela ka lebaka la phoso ea ka.
Masapo a ka aa fokola.+
Batho ba ntloaetseng baa ntšaba.
Ha ba mpona ka ntle, baa mpaleha.+
12 Ha ba sa nkhopola joalokaha eka ke shoele.
Ke tšoana le nkho e pshatlehileng.
13 Ke utloile ho buuoa lintho tse ngata tse mpe ka ’na.
Ke tšosoa ka mahlakoreng ’ohle.+
Baa bokana
Hore ba lohe leano la ho mpolaea.+
14 Empa ke tšepile uena Jehova.+
Ke re: “U Molimo oa ka.”+
15 Bophelo ba ka bo matsohong a hao.
Mpholose matsohong a lira tsa ka le ho ba ntlhorisang.+
16 E-ba mosa ho mohlanka oa hao.+
Mpholose hobane oa nthata.*
17 Jehova, e se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong ha ke u bitsa.+
Ba khopo ba ke ba hlajoe ke lihlong.+
E se eka ba ka khutsisoa Lebitleng.*+
18 E se eka batho ba buang leshano ba ka felloa ke mantsoe,+
Ba buang hampe ka ea lokileng, ba ikhohomosa ba bile ba mo nyatsa.
U o boloketse ba u tšabang+
Ebile u o bontšitse ka pel’a batho bohle, molemong oa ba balehelang ho uena.+
U tla ba pata sebakeng sa hao se sireletsehileng,
U ba patele ba batlang ho ba ntša kotsi.+
21 Jehova a ke a rorisoe
Kaha ka tsela e hlollang, o ile a mpontša hore oa nthata*+ motseng o pota-potiloeng ke lira.+
22 Ha e le ’na, ke ile ka tšoha ’me ka re:
“Ke tla shoa ka pel’a hao.”+
Empa u ile oa nkutloa ha ke llela ho uena ke kopa thuso.+
23 Ratang Jehova, lona bohle ba mo tšepahallang.+
Pesaleme ea Davida. Maskile.*
32 Ho thaba eo phoso ea hae e tšoaretsoeng, eo sebe sa hae se koahetsoeng.*+
2 Ho thaba motho eo Jehova a sa mo nkeng a le molato,+
Eo ka pelong ea hae a sa nahaneng ka ho thetsa.
3 Ha ke thola, ke ne ke khathala* ka lebaka la bohloko boo ke neng ke bo utloa letsatsi lohle.+
4 Kaha ha kea u khahlisa, ke ne ke utloa ke imetsoe bosiu le motšehare.+
Matla a ka a ne a fela joaloka metsi ha a chesoa ke mocheso oa lehlabula. (Selah)
5 Qetellong ka u bolella sebe sa ka.
Ha kea ka ka pata phoso ea ka.+
Ke ile ka re: “Ke tla bolella Jehova liphoso tsa ka.”+
Eaba u tšoarela libe tsa ka.+ (Selah)
Esita le metsi a moroallo a ke ke a fihla ho bona.
7 U sebaka seo ke ipatang ho sona.
U tla ntšireletsa mahlomoleng.+
Ho tla ba le thabo e kholo ka mahlakoreng ’ohle ha u mpholosa.+ (Selah)
8 “Ke tla etsa hore u be le temoho ’me ke u rute tsela eo u lokelang ho tsamaea ka eona.+
Ke tla u eletsa ke u behile leihlo.+
9 U se ke oa ba joaloka pere kapa ’moulo o se nang kutloisiso.+
Li lokela ho laoloa ka tomo kapa ka ropo pele li ka atamela ho uena
Hobane li le hlaha.”
10 Matšoenyeho a motho ea khopo a mangata.
Empa Jehova o sireletsa ea mo tšepang ka lerato* la hae.+
11 Thabang ka lebaka la seo Jehova a se entseng, lona ba lokileng.
Hoeletsang le thabile, lona bohle ba lipelo li ntle.
33 Hoeletsang le thabile ka lebaka la Jehova, lona ba lokileng.+
Ke ntho e loketseng hore ba lokileng ba mo rorise.
Mo bineleng lithoriso ka seletsa se nang le likhoele tse leshome.
Bapalang liletsa tse likhoele hamonate, le ntse le hoeletsa le thabile.
Lefatše le tletse lerato* la Jehova.+
6 Maholimo a ile a etsoa ka lentsoe la Jehova+
Le lintho tsohle tse ho ’ona li entsoe ka moea* oa molomo oa hae.
7 O bokella metsi a leoatle joaloka letamo.+
O beha metsi a loebehlanang litorong.*
8 Lefatše lohle le ke le tšabe Jehova.+
E se eka baahi ba lefatše ba ka mo hlompha haholo.
O laetse ’me lintho tsa etsoa.+
10 Jehova o sentse merero ea lichaba.+
O thibetse merero ea batho hore e se ke ea atleha.+
11 Liqeto* tsa Jehova li tla ba teng ka ho sa feleng.+
Menahano ea pelo ea hae ha e fetohe ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.
13 Jehova o sheba fatše a le leholimong.
O bona bara bohle ba batho.+
14 O sheba ba lulang lefatšeng
A le sebakeng seo a lulang ho sona.
15 Ke eena ea bopang lipelo tsa bohle.
O hlahloba mesebetsi eohle ea bona.+
16 Morena ha a pholosoe ke ho ba le masole a mangata.+
Monna ea matla ha a pholosoe ke ho ba le matla a maholo.+
17 Pere e ke ke ea pholosa motho.*+
Matla a eona a maholo a ke ke a mo pholosa.
18 Leihlo la Jehova le shebile ba mo tšabang,+
Ba emetseng hore a ba bontše hore oa ba rata,*
19 Hore a ba pholose lefung
Le hore a ba boloke ba phela ha ho e-na le tlala.+
20 Re lebeletse hore Jehova a re thuse.
Ke mothusi oa rona le thebe ea rona.+
Pesaleme ea Davida, ha a ne a ikentse eka oa hlanya+ ka pel’a Abimeleke, ea ileng a mo leleka eaba oa tsamaea.
א [Aleph]
34 Ke tla rorisa Jehova ka linako tsohle.
Nke ke ka khaotsa ho mo rorisa.
ב [Beth]
Ba bonolo ba tla utloa ’me ba thabe.
ג [Gimel]
3 Tlotlisang Jehova ’moho le ’na.+
A re phahamiseng lebitso la hae hammoho.
ד [Daleth]
4 Ke ile ka botsa Jehova eaba oa nkaraba.+
O ile a mpholosa linthong tsohle tseo ke li tšabang.+
ה [He]
5 Ba mo tšepileng baa thaba.
Ba ke ke ba hlajoa ke lihlong.
ז [Zayin]
6 Motho enoa ea maemong a tlase a bitsa Jehova ’me a mo utloa.
A mo pholosa mahlomoleng ’ohle a hae.+
ח [Heth]
ט [Teth]
8 Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo.+
Ho thaba motho ea balehelang ho eena.
י [Yod]
כ [Kaph]
10 Esita le litaoana tse matla li bolaoa ke tlala
Empa ba batlang Jehova ba ke ke ba hloka letho le molemo.+
ל [Lamed]
11 Tloong bara ba ka, le ’mamele.
Ke tla le ruta ho tšaba Jehova.+
מ [Mem]
נ [Nun]
13 U thibe leleme la hao hore le se ke la bua se sebe+
Le molomo oa hao hore o se ke oa bua leshano.+
ס [Samekh]
14 Tlohela lintho tse mpe, u etse tse ntle.+
Batla khotso ’me u loanele hore e lule e le teng.+
ע [Ayin]
15 Mahlo a Jehova a shebile batho ba lokileng,+
Litsebe tsa hae li mamela sello sa bona ha ba kopa thuso.+
פ [Pe]
16 Jehova o hloile ba etsang lintho tse mpe,
O tla ba felisa ’me ha ho na motho ea tla ba hopola lefatšeng.+
צ [Tsade]
17 Ba ile ba lla ’me Jehova a ba utloa.+
A ba pholosa matšoenyehong ’ohle a bona.+
ק [Qoph]
18 Jehova o haufi le bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko.+
O pholosa ba khathetseng matla.*+
ר [Resh]
ש [Shin]
20 O lebela masapo ’ohle a hae.
Ha ho na le le leng la ’ona le robehileng.+
ת [Taw]
21 Tlokotsi e tla bolaea ea khopo.
Ba hloileng ea lokileng ba tla fumanoa ba le molato.
22 Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae.
Ha ho na motho ea balehelang ho eena ea tla fumanoa a le molato.+
Pesaleme ea Davida.
35 Jehova, buella nyeoe ea ka ho ba nkhanyetsang.+
U loantše ba ntoantšang.+
3 Phahamisa lerumo la hao le selepe* sa hao, u loantše ba ntelekisang.+
E re ho ’na: “Ke ’na ea u pholosang.”+
4 E se eka ba tsomang bophelo ba ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlolleha.+
E se eka ba rerang ho mpolaea ba ka khutla ba soabile.
5 E se eka ba ka ba joaloka ’moko o fefoloang ke moea.
Lengeloi la Jehova le ba leleke.+
6 Tsela ea bona e be lefifi e be e thelle
Ha lengeloi la Jehova le ntse le ba lelekisa.
7 Ba nchehetse leraba* hore le ntšoase ntle ho lebaka.
Ba ncheketse sekoti ntle ho lebaka.
8 E se eka ba ka hlaheloa ke tsietsi ba sa lebella.
E se eka leraba leo ba le patileng le ka ba tšoasa.
Ba oele ka har’a lona ’me ba shoe.+
9 Ke tla thaba ka lebaka la Jehova.
Ke tla thaba hobane o mpholositse.
10 Ke tla bua ho tsoa pelong ke re:
“Jehova, ke mang ea joaloka uena?
U pholosa ba sa khoneng ho itšireletsa ho ba matla,+
U pholosa ba sa khoneng ho itšireletsa le ba futsanehileng ho ba ba nkelang lintho tsa bona.”+
12 Ha ke ba etsa hantle, ba nketsa hampe,+
Ba etsa hore ke utloe bohloko joaloka motho ea shoetsoeng.
13 Ha ba kula, ke ile ka apara lesela le hoashang.*
Ka itšotla ka ho itima lijo
Leha thapelo ea ka e ne e sa arabeloa,*
14 Ke ile ka tsamaea joalokaha eka ke hlokahalletsoe ke motsoalle kapa ngoan’eso.
Ka inama ke hlorile joaloka motho ea hlokahalletsoeng ke ’Mè.
15 Ha ke khoptjoa, ba ile ba thaba ’me ba bokana.
Ba ikopanya hore ba ntlhasele ke sa lebella.
Ba nkhaola likoto ’me ha baa ka ba thola.
16 Ba sa lumeleng ho Molimo baa ’nyatsa ebile baa ntšoma,*
Ba ntsikitlanyetsa meno hobane ba nkhalefetse.+
17 Jehova, u tla ’ne u shebe feela ho fihlela neng?+
18 Ke tla u leboha phuthehong e kholo.+
Ke tla u rorisa har’a batho ba bangata.
19 U se ke oa lumella hore bao e leng lira tsa ka ntle ho lebaka, ba thabe ka lebaka la matšoenyeho a ka.
U se ke oa lumella hore ba ntlhoileng ntle ho lebaka+ ba ntšome+
21 Ba ahlamisa melomo hore ba nqose,
Ba re: “Eke! Eke! Re u bone ka mahlo a rona.”
22 Jehova, u bone sena. U se ke oa thola feela.+
Jehova, u se ke oa ba hole le ’na.+
23 Ema u mpuelle,
Jehova Molimo oa ka, mpuelle nyeoeng ea ka.
24 Nkahlole ho ea ka melao ea hao e lokileng,+ Jehova Molimo oa ka.
U se ke oa ba lumella hore ba thabe ka lebaka la litsietsi tsa ka.
25 E se eka ba ke ke ba re ka lipelong tsa bona: “Eke! Re fumane ntho eo re neng re e batla.”
E se eka ba ke ke ba re: “Re qetile ka eena.”+
26 Bohle ba thabelang matšoenyeho a ka,
Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe.
E se eka ba ikhohomosetsang ’na ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlollehe.
27 Empa ba thabelang liketso tsa ka tse lokileng ba ke ba hoeletse ba thabile.
Ba re kamehla:
“Ho ke ho tlotlisoe Jehova, ea thabang ha mohlanka oa hae a e-na le khotso.”+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida, mohlanka oa Jehova.
36 Bobe bo ka hare-hare ka pelong ea motho bo mo susumeletsa ho etsa lintho tse mpe.
Ha a tšabe Molimo.+
3 Mantsoe a hae aa hlaba ebile aa thetsa.
Ha a na bohlale ba ho etsa lintho tse ntle.
4 Esita leha a le betheng ea hae o rera lintho tse kotsi.
O tsamaea tseleng e sa lokang.
Ha a tlohele lintho tse mpe.
6 Toka ea hao e joaloka lithaba tse kholo.*+
Likahlolo tsa hao li tšoana le metsi a mangata a tebileng.+
Jehova, u pholosa* motho le phoofolo.+
7 Molimo, lerato* la hao le bohlokoa haholo.+
Bara ba batho ba balehela moriting oa mapheo a hao.+
8 Ba noa lintho tse ngata tse monate tsa ntlo ea hao ho fihlela ba khotsofetse,+
U ba fa lintho tse ngata tse thabisang joalokaha eka u ba noesa nokeng e nang le metsi a mangata.+
Ka leseli la hao re khona ho bona leseli.+
11 U se ke oa lumella hore ke hatakeloe ke leoto la ea ikhohomosang
Kapa hore letsoho la ea khopo le nteleke.
12 Ba etsang lintho tse mpe ke bao ba oele.
Ba lahletsoe fatše ’me ha ba khone ho ema.+
Pesaleme ea Davida.
א [Aleph]
37 U se ke oa halefa ka lebaka la batho ba khopo.
U se ke oa honohela ba etsang lintho tse mpe.+
ב [Beth]
3 Tšepa Jehova ’me u etse lintho tse ntle.+
Lula lefatšeng ’me u tšepahale.+
4 Jehova o tla etsa hore u thabe haholo,
O tla u fa lintho tseo pelo ea hao e li batlang.
ג [Gimel]
5 Tsebisa Jehova tsela ea hao.*+
U itšetlehe ka eena ’me o tla u thusa.+
6 O tla khantša liketso tsa hao tse lokileng joalokaha letsatsi le chaba,
A etse hore toka ea hao e be joaloka letsatsi la motšehare.
ד [Daleth]
U se ke oa halefisoa ke motho
Ea atlehang ka maqheka a hae.+
ה [He]
8 Khaotsa ho halefa, u tlohele bohale.+
U se ke oa halefa ebe u etsa lintho tse mpe.*
ו [Waw]
10 Ho setse nakoana e seng kae ’me batho ba khopo ha ba sa tla hlola ba e-ba teng.+
U tla sheba moo ba neng ba le teng
Empa ba tla be ba le sieo.+
11 Leha ho le joalo, lefatše e tla ba lefa la ba bonolo,+
Ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena khotso.+
ז [Zayin]
ח [Heth]
14 Ba khopo ba ntšitse lisabole tsa bona ebile ba kobile liqha tsa bona
Hore ba lihe ba hateletsoeng le ba futsanehileng
Le hore ba bolaee ba etsang lintho tse lokileng.
15 Lisabole tsa bona li tla ba hlaba lipelo.+
Liqha tsa bona li tla rojoa.
ט [Teth]
17 Matla a ba khopo a tla nkuoa
Empa Jehova o tla tšehetsa ba lokileng.
י [Yod]
18 Jehova o bona lintho tse etsahallang batho ba se nang molato,
Lefa la bona e tla ba le sa feleng.+
19 Ba ke ke ba hlajoa ke lihlong nakong ea tlokotsi.
Ba tla ba le lijo tse ngata nakong ea tlala.
כ [Kaph]
Lira tsa Jehova li tla nyamela joaloka makhulo a matala.
Li nyamele joaloka mosi.
ל [Lamed]
22 Lefatše e tla ba lefa la batho bao Molimo a ba hlohonolofalitseng
Empa bao a ba rohakileng ba tla felisoa.+
מ [Mem]
נ [Nun]
ס [Samekh]
ע [Ayin]
Ba tla lula ba sirelelitsoe.+
Empa litloholo tsa ba khopo li tla felisoa.+
פ [Pe]
31 Molao oa Molimo oa hae o ka pelong ea hae.+
Maoto a hae a ke ke a thella.+
צ [Tsade]
32 Ea khopo o shebile ea lokileng,
O batla ho mo bolaea.
33 Leha ho le joalo, Jehova a ke ke a tlohela ea lokileng matsohong a ea khopo+
Kapa a mo fumana a le molato ha a ahlola.+
ק [Qoph]
34 Tšepa Jehova, u latele tsela ea hae,
O tla u tlotla ’me lefatše e tla ba lefa la hao.
U tla bona ha ba khopo ba felisoa.+
ר [Resh]
35 Ke bone motho ea sehloho a bile a le khopo
A atleha joaloka sefate se behang haholo mobung oa sona.+
36 O ile a shoa ka tšohanyetso eaba ha a sa le eo.+
Ka ’na ka mo batla empa ha kea ka ka mo fumana.+
ש [Shin]
37 Ela hloko motho ea se nang molato,*
U lule u shebile ea lokileng+
Hobane motho eo o tla phela ka khotso nakong e tlang.+
38 Batho bohle ba tlolang molao oa Molimo ba tla felisoa.
Batho ba khopo ba tla timetsoa.+
ת [Taw]
39 Jehova ke eena ea pholosang ba lokileng.+
Ke sebaka sa bona se sireletsehileng nakong ea mathata.+
40 Jehova o tla ba thusa a be a ba pholose.+
O tla ba pholosa a be a ba lopolle ho ba khopo
Hobane ba balehela ho eena.+
Pina ea Davida ea khopotso.
3 ’Mele oohle oa ka oa kula ka lebaka la khalefo ea hao.
Ha ke na khotso* ka lebaka la sebe sa ka.+
4 Liphoso tsa ka li bokellane ka holim’a hlooho ea ka.+
Li nkimetse joaloka mojaro o boima haholo.
5 Maqeba a ka aa nkha ebile a tsoa bolalu
Ka lebaka la booatla ba ka.
6 Ke tšoenyehile ebile ke nyahame haholo.
Ke tsamaea ke hloname letsatsi lohle.
7 Ke cha ka hare.
’Mele oohle oa ka oa kula.+
8 Ke utloile bohloko haholo hoo ke seng ke sa utloe letho.
Pelo ea ka e imetsoeng e etsa hore ke lle habohloko.
9 Jehova, u tseba lintho tsohle tseo ke li lakatsang,
Oa mpona ha ke utloile bohloko.
10 Pelo ea ka e otla habohloko, ke feletsoe ke matla.
Mahlo a ka ha a sa bona.+
11 Metsoalle ea ka le batho bao ke ba ratang baa nqoba ka lebaka la mahlomola a ka.
Batho bao ke ba tloaetseng haholo ba emeletse hole le ’na.
12 Ba batlang ho mpolaea ba nchehetse maraba.
Ba batlang ho ntematsa ba bua ka ho mphelisa.+
Letsatsi lohle ba loha mano a ho nthetsa.
13 Empa joaloka motho ea sa utloeng litsebeng, ke ne ke sa mamele.+
Joaloka motho ea sa khoneng ho bua, ke ne ke sa bule molomo oa ka.+
14 Ke joaloka motho ea sa utloeng,
Eo molomo oa hae o sa khoneng ho ipuella.
16 Ke ile ka re: “E se eka ba ke ke ba thaba
Kapa ba ithorisa ha leoto la ka le thella.”
18 Ke ile ka bolela phoso ea ka.+
Sebe sa ka se ne se ntšoenya.+
20 Ha ke ne ke ba etsa hantle, ba ne ba nketsa hampe.
Ba ne ba nthibela hore ke se ke ka ’na ka etsa lintho tse ntle.
21 U se ke oa ntlohela hle Jehova.
Molimo oa ka, u se ke oa ba hole le ’na.+
Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Jeduthune.*+ Pina ea Davida.
39 Ke ile ka re: “Ke tla ela hloko lintho tseo ke li etsang
Hore ke se ke ka etsa sebe ka seo ke se buang.+
Ke tla koala molomo oa ka ka ntho e tlamang+
Hafeela motho ea khopo a le pel’a ka.”
2 Ke ile ka felloa ke mantsoe ’me ka thola.+
Ha kea ka ka bua le ka lintho tse ntle,
Ke ne ke utloile bohloko haholo.
3 Pelo ea ka e ne e chesa ka sefubeng sa ka.
Ha ke ntse ke nahana, ke ne ke tuka le ho feta.
Eaba ke re:
4 “Jehova, ntsebise hore na bophelo ba ka bo tla fella kae
Le hore na ke tla phela matsatsi a makae+
E le hore ke tsebe hore na bophelo ba ka bo bokhutšoanyane hakae.
5 U entse hore matsatsi a ka e be a seng makae.*+
Bolelele ba bophelo ba ka ha se letho ka pel’a hao.+
Le hoja ho bonahala eka motho e mong le e mong o sireletsehile, o tšoana feela le phefumoloho.+ (Selah)
6 Bophelo ba motho bo tšoana le seriti.
O potlakela* lefeela.
O bokella maruo a sa tsebe hore na a tl’o jeoa ke mang.+
7 Jehova, ke tšepe eng?
Ke uena feela tšepo ea ka.
8 Ntopolle liphosong tsohle tsa ka.+
U se ke oa lumella hore motho ea se nang kelello a ’nyatse.
9 Ke ile ka lula ke thotse,
Ke sa khone ho bula molomo oa ka+
Hobane ke uena ea neng a entse hore ke se ke ka khona ho bua.+
10 Tlosa kotlo ea hao ho ’na.
Ha ke sa na matla hobane letsoho la hao lea nkotla.
11 U khalemela motho ka ho mo fa kotlo bakeng sa phoso ea hae.+
U felisa lintho tseo a li ratang joalokaha eka li jeoa ke tšoele.*
Kannete motho e mong le e mong o tšoana le phefumoloho feela.+ (Selah)
U se ke oa iphapanyetsa likeleli tsa ka.
13 U se ke oa ncheba u halefile e le hore ke tle ke thabe
Pele ke shoa ’me ke e-ba sieo.”
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina.
2 O ile a ’nyolla ka sekoting se kotsi,
A etsa hore ke tsoe ka har’a seretse
Eaba o nkemisa holim’a lefika.
A tsitsisa mehato ea ka.
Ba bangata ba tla hlolloa ha ba bona sena
Ebe ba tšepa Jehova.
4 Ho thaba motho ea tšepang Jehova
Ea sa lateleng batho ba sa mameleng kapa ba leshano.
5 U entse lintho tse ngata hakaakang
Jehova Molimo oa ka,
Mesebetsi ea hao ea hlolla ’me u nahanne lintho tse ngata tse re tsoelang molemo.+
Ha ho na motho ea ka bapisoang le uena.+
Haeba ke ne nka leka ho bua ka tsona,
Li ne li tla ba ngata haholo hoo ke neng nke ke ka khona ho li bala.+
Ha oa ka oa kopa linyehelo tsa secheso le linyehelo tsa sebe.+
7 Ke ile ka re: “Bona, ke tlile.
9 Ke bolela litaba tse monate tsa toka phuthehong e kholo.+
Ha ke thibe molomo oa ka+
Joalokaha u tseba seo hantle, Jehova.
10 Ka pelong ea ka ha ke pate taba ea hore u lokile.
Ke bua ka botšepehi ba hao le poloko ea hao.
Ha ke pate lerato* la hao le ’nete ea hao phuthehong e kholo.”+
11 Jehova hle, u se ke oa hana ho nkutloela bohloko.
E se eka u ka ntšireletsa kamehla hobane u lerato ebile oa tšepahala.+
12 Litsietsi tse mpota-potileng li ngata hoo ke sa khoneng ho li bala.+
Liphoso tsa ka li ngata haholo hoo ke sa khoneng le ho bona moo ke eang.+
Li ngata le ho feta moriri o hloohong ea ka
Ebile ke nyahame.
13 Jehova, ke kopa u mpholose.+
Potlaka u tl’o nthusa Jehova.+
14 Batho bohle ba batlang ho mpolaea
Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe.
Ba thabelang litsietsi tsa ka
Ba ke ba khutlele morao ba tlotlolohile.
15 E se eka ba ntseng ba re ho ’na: “U laehile!”
Ba ka soaba ka lebaka la ho tlotlolleha.
E se eka ba ratang ho pholosoa ke uena ba ka re kamehla:
“Jehova a ke a tlotlisoe.”+
17 Ha ke khone ho iketsetsa letho ebile ke futsanehile.
Jehova, e se eka u ka nkela hloko.
U mothusi oa ka le mopholosi oa ka.+
Molimo oa ka, u se ke oa lieha.+
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
41 Ho thaba mang kapa mang ea nahanelang motho ea boemong bo tlase.+
Jehova o tla mo pholosa nakong ea mahlomola.
2 Jehova o tla mo sireletsa a be a mo boloke a phela.
Batho ba tla bona hore o thabile.+
A ke ke a nehelana ka eena ho lira tsa hae.+
3 Jehova a ke ke a mo lahla ha a kula a le betheng.+
O tla mo hlokomela ha a ntse a kula.
4 Ke ile ka re: “Jehova nkhauhele.+
U mpholise+ hobane ke u sitetsoe.”+
5 Lira tsa ka li bua lintho tse mpe ka ’na li re:
“O tla shoa neng ’me lebitso la hae le nyamele?”
6 Ha e mong oa bona a tl’o mpona, o bua leshano.
O batlana le lintho tse mpe tseo a ka li buang ka ’na.
Ka mor’a moo oa tsoa, o li hasa hohle.
7 Bohle ba ntlhoileng baa sebelana.
Ba rera ho nketsa hampe ba re:
8 “O hlahetsoe ke ntho e mpe haholo.
Ha e le mona a oele ha a sa tla ema hape.”+
9 Le motho eo ke neng ke phela le eena ka khotso, eo ke neng ke mo tšepa,+
Ea neng a ja bohobe ba ka o mphetohetse.+
10 Jehova, nkhauhele ’me u mphahamise
Hore ke tle ke ba ahlolele seo ba se entseng.
11 Ke tla tseba ka sena hore kea u khahlisa:
Ha sera sa ka se sa khone ho ntlhola e le hore se thabe.+
12 U ntlotlile hobane kea tšepahala.+
U tla mpeha pel’a hao ka ho sa feleng.+
Amen le Amen.
BUKA EA BOBELI
(Pesaleme ea 42-72)
Ho motsamaisi. Maskile* ea bara ba Kora.+
42 Joalokaha khama e lakatsa metsi a linokaneng,
Le ’na ke lakatsa ho u sebeletsa, Molimo oa ka.
2 Joaloka motho ea nyoretsoeng metsi, ke hloka Molimo, Molimo ea phelang.+
Ke tla tla neng ke tl’o hlaha ka pel’a Molimo?+
3 Ha ke khone ho ja, ke lla bosiu le motšehare.
Batho ba ’nyefola letsatsi lohle ba re: “O kae Molimo oa hao?”+
Ke ne ke tsamaea butle ka pel’a bona ho ea ntlong ea Molimo,
Re hoelelitse re thabile re bile re leboha
Joaloka letšoele le entseng mokete.+
5 Ke hobane’ng ha ke nyahame?+
Ke hobane’ng ha ke khathatsehile?
Ke ka lebaka leo ke u hopolang,+
Ho tloha naheng ea Jordane le holim’a lithaba tsa Hermone,
Ho tloha Thabeng ea Mizare.*
7 Ke utloa molumo oa metsi a phallang ka potlako
Ke molumo oa liphororo tsa hao.
Maqhubu ’ohle a hao a mathang ka potlako a nkoahetse.+
8 Motšehare Jehova o tla mpontša lerato la hae,
Bosiu ke tla bina ka eena, ke rapele Molimo ea mphang bophelo.+
9 Ke tla re ho Molimo e leng lefika la ka:
“Ke hobane’ng ha u ntebetse?+
Ke hobane’ng ha ke tsamaea ke utloile bohloko hakaale ka lebaka la sera sa ka se nkhateletseng?”+
10 Lira tsa ka tse batlang ho mpolaea ka sehloho* lia ’nyefola.
Lia ’nyefola letsatsi lohle li re: “O kae Molimo oa hao?”+
11 Ke hobane’ng ha ke nyahame?
Ke hobane’ng ha ke khathatsehile?
Mpholose ho motho ea leshano le ea sa lokang.
2 U Molimo oa ka, sebaka sa ka se sireletsehileng.+
U ntahletse’ng?
Ke hobane’ng ha ke tsamaea ke utloile bohloko hakaale ka lebaka la sera sa ka se nkhateletseng?+
3 Romela leseli la hao le ’nete ea hao.+
E se eka li ka ntataisa.+
E se eka li ka nkisa thabeng ea hao e halalelang le tabernakeleng ea hao e kholo.+
Molimo oa ka, ke tla u rorisa ka harepa,+ uena Molimo oa ka.
5 Ke hobane’ng ha ke nyahame?
Ke hobane’ng ha ke khathatsehile?
Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Maskile.*
44 Molimo, re utloile ka litsebe tsa rona,
Baholo-holo ba rona ba re boleletse+
Lintho tseo u ileng oa li etsa mehleng ea bona,
Mehleng ea khale.
Oa silakanya lichaba ’me oa li leleka.+
3 Baholo-holo ba rona ha baa ka ba lula naheng eo ka lebaka la sabole ea bona,+
Ha se ka matla a bona ba ileng ba hlola.+
Empa ba ile ba hlola ka letsoho la hao le letona,+ ka matla a hao le ka mosa oa hao*
Hobane u ne u ba rata.+
Laela* hore Jakobo a hlole.
5 Ka matla a hao re tla leleka bahanyetsi ba rona.+
Ka lebitso la hao re tla hatakela ba re hlaselang.+
8 Molimo, re tla u rorisa letsatsi lohle,
Re tla rorisa lebitso la hao ka ho sa feleng. (Selah)
9 Empa u re lahlile ’me u re tlotlolotse,
Ha u tsamaee le masole a rona.
10 Kamehla u etsa hore re balehe bahanyetsi ba rona.+
Ba re hloileng ba nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang.
11 U nehelana ka rona hore re felisoe joaloka linku.
U re hasantse har’a lichaba.+
12 U rekisa batho ba hao ka theko e tlase haholo.+
Ha u fumane phaello ha u ba rekisa.
13 U etsa hore baahisani ba rona ba re nyatse,
Le hore bohle ba re pota-potileng ba re tšehe ba be ba re nyefole.
15 Ke utloa ke tlotlolohile letsatsi lohle,
Ke soabile haholo.
16 Baa ’nyatsa ebile baa ’nyefola,
Ka lebaka la sera sa rona se iphetetsang.
18 Lipelo tsa rona ha lia u koenehela
Le maoto a rona ha a kheloha tseleng ea hao.
19 U entse hore re hloloe moo liphokojoe li lulang teng.
U re koahetse ka lefifi le letšo.
20 Haeba re lebetse lebitso la Molimo oa rona
Kapa re phahamiselitse molimo e mong matsoho hore re mo rapele,
21 Na Molimo a ke ke a tseba taba ee?
O tseba liphiri tse ka pelong ea motho.+
22 Re bolaoa kamehla ka lebaka la hao.
Re nkoa joaloka linku tse lokelang ho hlajoa.+
23 Tsoha. Ke hobane’ng ha u ntse u robetse, Jehova?+
Tsoha u re thuse. U se ke oa re lahla ka ho sa feleng.+
24 Ke hobane’ng ha u pata sefahleho sa hao?
Ke hobane’ng ha u lebala hore re matšoenyehong le hore re hateletsoe?
25 Re theoletsoe tlase leroleng.
’Mele ea rona e hateletsoe fatše.+
Re pholose ka lebaka la lerato* la hao.+
Ho motsamaisi. E letsoe ka molumo oa “Lipalesa.”* Pesaleme ea bara ba Kora.+ Maskile.* Pina ea lerato.
45 Pelo ea ka* e anngoe ke litaba tse monate.
Ke re: “Pina ea ka e bua ka morena.”+
E se eka leleme la ka le ka ba joaloka pene+ ea mokopitsi* ea hloahloa.+
2 U motle ka ho fetisisa ho bara ba batho.
Molomong oa hao ho tsoa mantsoe a mangata a mosa.+
Ke ka lebaka leo Molimo a u hlohonolofalitseng ka ho sa feleng.+
4 Bontša bokhabane ba hao ’me u hlole.*+
Palama pere ea hao ’me u loanele ’nete, boikokobetso le toka,+
Letsoho la hao le letona le tla etsa* lintho tse makatsang.
5 Metsu ea hao e bohale, e etsa hore lichaba li oele ka pel’a hao.+
E hlaba lipelo tsa lira tsa morena.+
6 Molimo o u fa matla a ho busa* ka ho sa feleng.+
Lere la puso ea hao ke lere la toka.+
7 U rata toka+ ’me u hloile bokhopo.+
Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng+ ka oli ’me a entseng hore u thabe+ ho feta lithaka tsa hao.
8 Liaparo tsohle tsa hao li tlotsitsoe ka mira, lekhala le kasia hore li nkhe hamonate.
Liletsa tse likhoele tse tsoang ntlong e kholo ea borena e khabisitsoeng ka lenaka la tlou, lia u thabisa.
9 Ba bang ba basali ba hao ba hlomphehang ke barali ba marena.
Mofumahali oa morena o eme ka letsohong la hao le letona, o khabisitsoe ka khauta ea Ofire.+
10 Morali, mamela ’me u mamelisise u be u sekehe tsebe.
Lebala batho ba heno le ba lelapa la ntate oa hao.
12 Morali oa Tire o tla tla ka mpho.
Batho ba ruileng ka ho fetisisa ba tla batla u ba hauhele.
13 Ka tlung ea borena* morali oa morena o motle haholo.
Liaparo tsa hae li khabisitsoe ka khauta.
14 O tla tlisoa ho morena a apere liaparo tse ntle haholo.*
Baroetsana ba mo setseng morao ba tlisoa ka pel’a hao.
15 Ba tla tlisoa ka thabo le nyakallo.
Ba tla kena ka phaleising ea morena.
16 Bara ba hao ba tla nkela baholo-holo ba hao sebaka.
U tla ba beha hore e be likhosana lefatšeng lohle.+
17 Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale melokong eohle.+
Ke ka lebaka leo lichaba li tla u rorisa ka ho sa feleng.
Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ E binoe ka Alamothe.* Pina.
2 Ke ka lebaka leo re ke keng ra tšoha le hoja lefatše le fetoha,
Le hoja lithaba li thothomela ’me li oela botebong ba leoatle,+
3 Le hoja metsi a lona a loebehlana a bile a etsa lekoeba,+
Le hoja lithaba li reketla ka lebaka la ho khahlellana ha lona. (Selah)
4 Ho na le noka eo melapo ea eona e thabisang motse oa Molimo,+
Tabernakele e kholo e halalelang ea Ea Phahameng ka ho Fetisisa.
5 Molimo o motseng oo.+ Kahoo, o ke ke oa hloloa.
Molimo o tla u thusa esale ka meso.+
6 Lichaba li ne li entse morusu, mebuso e ne e hlotsoe.
A phahamisa lentsoe la hae ’me lefatše la qhibiliha.+
7 Jehova oa mabotho o na le rona.+
Molimo oa Jakobo ke setšabelo sa rona se sireletsehileng.* (Selah)
8 Tloong, le tl’o bona mesebetsi ea Jehova,
Le tl’o bona lintho tse makatsang tseo a li entseng lefatšeng.
9 O felisa lintoa lefatšeng lohle.+
O roba seqha ebile o robakanya le lerumo.
O chesa likariki tsa sesole* ka mollo.
10 “Ineheleng ’me le tsebe hore ke ’na Molimo.
Ke tla tlotlisoa har’a lichaba.+
Ke tla tlotlisoa lefatšeng.”+
11 Jehova oa mabotho o na le rona.+
Molimo oa Jakobo ke setšabelo sa rona se sireletsehileng.+ (Selah)
Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Pina.
47 Lona lichaba tsohle, opang matsoho.
Hoeletsang Molimo le thabile hobane le hlotse.
2 Jehova ea Phahameng ka ho Fetisisa oa hlolla.+
Ke Morena e moholo lefatšeng lohle.+
3 O etsa hore re laole lichaba.
O beha lichaba tlas’a maoto a rona.+
5 Molimo o ile a nyoloha ha batho ba ntse ba hoeletsa ba thabile.
Jehova a nyoloha ha batho ba ntse ba letsa lenaka.*
6 Binelang Molimo lithoriso,* le bine lithoriso.
Binelang Morena oa rona lithoriso, le bine lithoriso.
7 Molimo ke Morena oa lefatše lohle.+
Binang lithoriso ’me le bontše temoho.
8 Molimo ke Morena oa lichaba.+
Molimo o lutse teroneng ea hae e halalelang.
9 Baeta-pele ba lichaba ba bokane ’moho
Le batho ba Molimo oa Abrahama.
Babusi* ba lefatše ke ba Molimo.
Ke ea phahameng haholo.+
Pina. Pesaleme ea bara ba Kora.+
48 Jehova o moholo ebile o tšoaneloa ke thoriso eohle
Motseng oa Molimo oa rona, thabeng ea hae e halalelang.
2 Thaba ea Sione e hole ka leboea,
E phahame haholo ebile e ntle ’me e thabeloa ke lefatše lohle,+
Ke motse oa Morena e Moholo.+
3 Litoreng tsa hae tse sireletsehileng,
Molimo o entse ho tsebahale hore ke setšabelo se sireletsehileng.*+
4 Marena a kopane.
A tlile ’moho hore a hlasele.
5 Ha a bona motse oo, a ile a makala.
A ile a tšoha eaba aa baleha.
6 A ile a thothomela moo,
A utloa bohloko bo kang ba mosali ea belehang.
7 O soahlamanya likepe tsa Tarshishe ka moea oa bochabela.
8 Lintho tseo re li utloileng joale re li bone
Motseng oa Jehova oa mabotho, motseng oa Molimo oa rona.
Molimo o tla o tiisa ka ho sa feleng.+ (Selah)
Letsoho la hao le letona le tletse ho loka.+
12 Pota-potang Sione ka mahlakoreng ’ohle.
Le bale litora tsa eona.+
13 Hlahlobang marako a eona a tšireletso.+
Shebisisang litora tsa eona tse sireletsehileng
E le hore le ka bua ka eona melokong e tlang.
14 Eo ke Molimo oa rona+ ka ho sa feleng.
O tla re tataisa ka ho sa feleng.*+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Pina.
49 Utloang lona lichaba tsohle.
Mamelang ka hloko, lona baahi bohle ba lefatše,
2 Ba baholo le ba banyenyane,
Ba ruileng le ba futsanehileng.
3 Molomo oa ka o tla bua mantsoe a bohlale,
Lintho tseo ke nahanisisang ka tsona ka pelong ea ka+ li tla bontša hore ke na le kutloisiso.
4 Ke tla mamelisisa maele,
Ke hlalose selotho sa ka ka harepa.
5 Ke hobane’ng ha ke lokela ho tšoha ha ke e-na le mathata,+
Ha ke pota-potiloe ke ba khopo ’me ba batla ho ’ntša kotsi?
Le ba ithorisang ka maruo a bona a mangata,+
7 Ha ho le ea mong oa bona ea ka lopollang ngoan’abo
Kapa a fa Molimo tefo ea topollo bakeng sa hae,+
8 (Tefo ea topollo ea bophelo ba bona e phahame haholo,
Ba ke ke ba khona ho e fihlela le ka mohla)
9 E le hore a phele ka ho sa feleng ’me a se ke a ea lebitleng.*+
10 Oa bona hore le ba bohlale baa shoa.
11 Ba lakatsa eka matlo a bona a ka lula a le teng ka ho sa feleng,
Le litente tsa bona li be teng melokong eohle.
Ba reheletse libaka tsa bona ka mabitso a bona.
12 Leha motho a ka hlompheha, a ke ke a lula a le teng.+
O tšoana le liphoofolo tse shoang.+
13 Ena ke tsela ea ba se nang kelello+
Le ea ba ba salang morao, ba thabelang mantsoe a bona a se nang thuso. (Selah)
14 Ba ahloletsoe Lebitla* joaloka linku tse e’o hlajoa.
Lefu le tla ba lisa.
Hoseng ba lokileng ba tla ba laola.+
Ba ke ke ba hlola ba fumanoa.+
Lebitla*+ e tla ba lehae la bona ho e-na le ntlo ea borena.+
16 U se ke oa tšoha ha motho e e-ba morui,
Ha ntlo ea hae e ntse e ba ntle haholo
A ke ke a tsamaea le leruo la hae.+
18 Ha a ntse a phela oa ithorisa.+
(Batho baa u rorisa ha u atleha.)+
19 Qetellong o latela moloko oa baholo-holo ba hae.
Ha ba sa tla hlola ba bona leseli.
Pina ea Asafe.+
50 Jehova, Molimo oa melimo*+ o buile.
O bitsa batho bohle lefatšeng
Ho tloha bochabela ho fihlela bophirimela.
2 Molimo o khanya a le Sione e leng motse o motle haholo.+
3 Molimo oa rona o tla tla ’me a ke ke a thola.+
7 “ ’Mameleng, lona sechaba sa ka ’me ke tla bua le lona.
Lona Baiseraele, ke tla bua ka molato oa lona.+
Ke ’na Molimo, Molimo oa lona.+
8 Ha ke le khalemelle mahlabelo a lona
Kapa linyehelo tsa lona tse feletseng tsa secheso tse ka pel’a ka kamehla.+
11 Ke tseba linonyana tsohle tsa lithabeng.+
Liphoofolo tsohle tsa naheng ke tsa ka.
12 Haeba ke ne ke lapile, ke ne nke ke ka le bolella.
Lefatše ke la ka le tsohle tse ho lona.+
14 Fanang ka liteboho e le sehlabelo sa lona ho Molimo,+
Le phethe likano tsa lona tseo le li etselitseng Ea Phahameng ka ho Fetisisa.+
15 Le mpitse ha le le mahlomoleng.+
Ke tla le pholosa ’me le tla ntlotlisa.”+
16 Empa Molimo o tla re ho ba khopo:
20 Le lula fatše ebe le bua hampe ka ngoan’abo lona.+
Le senola liphoso tsa* ngoan’abo lona.
21 Ha le etsa lintho tsena, ke ne ke thotse.
Kahoo, le ne le nahana hore ke tla tšoana le lona.
Empa joale ke tla le khalemela,
Ke tla bolela liphoso tsa lona.+
22 Ke kopa le nahane ka sena, lona ba lebalang Molimo+
E le hore ke se ke ka le khaola likoto ho se na motho ea tla le pholosa.
23 Ea fanang ka liteboho e le sehlabelo sa hae oa ntlotlisa,+
Ha e le ea lulang a etsa lintho tse lokileng,
Ke tla etsa hore a bone ha ke mo pholosa.”+
Ho motsamaisi. Pina ea Davida ha moprofeta Nathane a ne a tlile ho eena ka mor’a hore Davida a robale le Bathe-sheba.+
51 Nkhauhele hle Molimo hobane u na le lerato.+
Hlakola melato ea ka hobane u mohau haholo.+
4 Ke sitetsoe uena ho feta batho bohle.*+
Ke entse lintho tse mpe mahlong a hao.+
Kahoo, u nepile ha u bua,
Kahlolo ea hao e nepahetse.+
6 U khahloa ke motho ea buang ’nete ka pelong ea hae.+
Ruta pelo ea ka bohlale ba ’nete.
7 Ntlhoekise, u tlose sebe sa ka ka hisopa e le hore ke hloeke.+
Ntlhatsoe hore ke be mosoeu ho feta lehloa.+
8 Ntumelle hore ke utloe melumo ea thabo le nyakallo
E le hore ke tle ke thabe le hoja u silakantse masapo a ka.+
11 U se ke oa nteleka ka pel’a hao.
U se ke oa tlosa moea oa hao o halalelang ho ’na.
12 Khutlisa thabo eo ke neng ke e-na le eona ha u mpholosa.+
Etsa hore ke batle ho u mamela.
14 Molimo, mpholose hore ke se ke ka e-ba le molato oa mali,+ Molimo oa ka ea mpholosang+
E le hore nka bua ka toka ea hao ke thabile.+
16 Ha u batle sehlabelo, ho seng joalo ke ne ke tla u fa sona.+
Ha u khahlisoe ke nyehelo e feletseng ea secheso.+
17 Mahlabelo a khahlisang Molimo ke ha motho a hlomohile.
Molimo, u ke ke oa iphapanyetsa* pelo e utloileng bohloko le e sithabetseng.+
18 Etsetsa Sione se molemo.
Haha marako a Jerusalema.
19 Kahoo, u tla thabela mahlabelo a ho loka,
Mahlabelo a secheso le linyehelo tse feletseng.
Lipoho li tla nyeheloa aletareng ea hao.+
Ho motsamaisi. Maskile.* Pesaleme ea Davida ha Doege oa Moedomo a tla ’me a bolella Saule hore Davida o ne a tlile ntlong ea Akimeleke.+
52 Ke hobane’ng ha u ithorisa ka liketso tsa hao tse mpe, uena ea matla?+
Lerato la Molimo le lula le le teng ka linako tsohle.+
3 U rata bokhopo ho feta se molemo,
U rata leshano ho feta ho bua lintho tse lokileng. (Selah)
4 U rata mantsoe ’ohle a kotsi,
Uena eo leleme la hao le buang leshano.
5 Ke ka lebaka leo Molimo a tla u liha hore ho fele ka uena.+
O tla u phamola a u ntše tenteng ea hao.+
O tla u fothola naheng ea ba phelang.+ (Selah)
7 “Ke enoa motho ea neng a sa etsa Molimo setšabelo sa hae.+
8 Ke tla ba joaloka sefate sa mohloaare se behang haholo ka tlung ea Molimo.
Ke tšepile hore Molimo o tla nthata*+ ka ho sa feleng.
9 Ke tla u rorisa ka ho sa feleng hobane u nkile bohato.+
Ke tla tšepa lebitso la hao+
Ka pel’a batho ba u tšepahallang kaha le molemo.
Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Mahalathe.* Maskile.* Pesaleme ea Davida.
53 Ea se nang kelello o re ka pelong ea hae:
“Jehova ha a eo.”+
Ba etsa lintho tse mpe le tse nyonyehang.
Ha ho na ea etsang lintho tse ntle.+
2 Empa Molimo o shebile bara ba batho a le leholimong+
Ho bona hore na ho na le ea nang le kutloisiso kapa ea ntseng a batla Jehova.+
3 Bohle ba khelohile.
Kaofela ba etsa lintho tse mpe.
Ha ho na ea etsang lintho tse ntle,
Ha ho le ea mong.+
4 Ke hobane’ng ha batho ba etsang lintho tse mpe ba se na kutloisiso?
Ba felisa sechaba sa ka habonolo joalokaha eka ba ja bohobe.
Ha ba rapele Jehova.+
5 Empa ba tla tšoha haholo,
Ba tla tšoha ka tsela eo ba e-s’o ka ba tšoha ka eona*
Hobane Molimo o tla hasanya masapo a ba le hlaselang.
O tla ba hlabisa lihlong kaha Jehova o ba lahlile.
6 E se eka poloko ea Iseraele e ka tsoa Sione.+
Ha Jehova a khutlisa batho ba hae botlamuoeng,
Jakobo a ke a thabe, Iseraele a ke a nyakalle.
Ho motsamaisi. E letsoe ka liletsa tse likhoele. Maskile.* Pesaleme ea Davida ha Bazife ba ne ba tlile ho Saule ’me ba re ho eena: “Davida o ipatile naheng ea rona.”+
2 Molimo, utloa thapelo ea ka.+
U mamele mantsoe a tsoang molomong oa ka.
Ha ba na taba le Molimo.+ (Selah)
Jehova o na le ba ntšehetsang.
5 O tla putsa ba ntlhoileng+ ka bobe ba bona.
Ba felise* hobane oa tšepahala.+
6 Ke tla u etsetsa mahlabelo+ ka ho rata.
Ke tla rorisa lebitso la hao Jehova hobane le molemo.+
Ho motsamaisi. E letsoe ka liletsa tse likhoele. Maskile.* Pesaleme ea Davida.
2 U ’mamele ka hloko ’me u nkarabe.+
Ha ke khone ho phomola hobane ke khathatsehile+
Ebile ke ferekane
3 Ka lebaka la seo sera sa ka se se buang
Le ka lebaka la hore ea khopo oa nkhatella.
Ba mpakela mathata a mangata,
Ba nkhalefetse ebile ba ntlhoile.+
5 Ke tšohile ebile kea thothomela,
Kea tlakasela.
6 Ke ntse ke re: “Hoja ke ne ke e-na le mapheo joaloka leeba,
Ke ne ke tla fofela moo ho sireletsehileng ke lule teng.
Ke lule lefeelleng.+ (Selah)
8 Ke ne ke tla balehela sebakeng se sireletsehileng
Hole le moea o fokang ka matla, hole le sefefo.”
9 Ba ferekanye hle Jehova, u etse hore merero ea bona e se ke ea atleha*+
Hobane ke bone lintoa motseng.
10 Bosiu le motšehare ba tsamaea marakong a oona.
Ka har’a oona ho na le lintho tse kotsi le mathata.+
11 Ho na le litsietsi ka har’a motse oo.
Mabaleng a oona ho lula ho e-na le khatello le mashano.+
12 Ha ke nyefoloe ke sera sa ka.+
Haeba ho ne ho le joalo, ke ne ke tla mamella.
Ha ke hlaseloe ke sera sa ka.
Haeba ho ne ho le joalo, ke ne ke tla ipatela sona.
14 Re ne re le metsoalle e utloanang haholo.
Re ea ntlong ea Molimo re tsamaea le batho ba bangata.
15 E se eka lira tsa ka li ka felisoa.+
E se eka li ka theohela Lebitleng* li ntse li phela
Hobane ho na le bokhopo moo li lulang teng le ka lipelong tsa tsona.
17 Mantsiboea, hoseng le motšehare ke lula ke tšoenyehile ke bile ke utloile bohloko,+
O utloa lentsoe la ka.+
19 Molimo o tla ba utloa a be a ba nkele khato,+
Molimo eo esale a lutse teroneng ho tloha khale.+ (Selah)
Ba sa kang ba tšaba Molimo,+
Ba tla hana ho fetoha.
20 O* hlasetse metsoalle ea hae.+
A fetohela selekane sa hae.+
Mantsoe a hae a thella ho feta oli
Empa a joaloka lisabole tse bohale.+
Le ka mohla a ke ke a tlohela ea lokileng hore a oe.+
23 Empa uena, Molimo, u tla ba lihela sekoting se tebileng haholo.+
Batho bao ba molato oa mali le ba leshano ba tla shoa ba ntse ba le bacha.+
Empa ha e le ’na, ke tla u tšepa.
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “Leeba le Khutsitseng le Hole.” Pesaleme ea Davida. Miktame.* Ha Bafilista ba ne ba mo tšoara Gathe.+
56 Nkhauhele hle Molimo hobane batho baa ntlhasela.*
Ba lula ba ntoantša le ho nkhatella letsatsi lohle.
2 Lira tsa ka li lula li nkomanya letsatsi lohle.
Ba bangata ba ntoantša ka boikhohomoso.
3 Ha ke tšohile,+ ke tšepa uena.+
4 Ke tšepa Molimo ebile ke rorisa lentsoe la hae.
Ke tšepa Molimo. Ke kahoo ke sa tšabeng letho.
Motho a ka nketsa’ng?+
5 Ba mpakela mathata kamehla.
Ba nahanne feela ka ho nketsa hampe.+
6 Baa ipata hore ba ntlhasele.
7 U ba lahle hobane ba khopo.
Molimo, liha lichaba ka bohale ba hao.+
8 U nkele hloko ha ke ntse ke lelera.+
U bokelle likeleli tsa ka ka lekukeng* la hao.+
U ngotse matšoenyeho a ka bukeng ea hao.+
9 Lira tsa ka li tla baleha letsatsing leo ke hoeletsang ke kopa thuso.+
Ke kholisehile ka sena: Molimo o ka lehlakoreng la ka.+
10 Ke tšepa Molimo ebile ke rorisa lentsoe la hae.
Ke tšepa Jehova ebile ke rorisa lentsoe la hae.
11 Ke tšepa Molimo. Ke kahoo ke sa tšabeng letho.+
Motho a ka nketsa’ng?+
12 Molimo oa ka, ke tlameha ho etsa lintho tseo ke u tšepisitseng tsona.+
Ke tla u leboha.+
13 U mpholositse hore ke se ke ka shoa,+
Oa thiba maoto a ka hore a se ke a khoptjoa+
E le hore ke tsoele pele ke phela ’me ke tsamaee ka pel’a hao Molimo.+
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “U se ke oa Senya.” Pesaleme ea Davida. Miktame.* Ha a ne a baleha Saule, a kena ka lehaheng.+
Ke balehela moriting oa mapheo a hao ho fihlela mathata a feta.+
2 Ke hoeletsa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,
Molimo oa ’nete, ea ba felisang ka lebaka la ka.
3 O tla romela thuso a le leholimong a be a mpholose.+
O tla ferekanya ea nkomanyang. (Selah)
Molimo o tla bontša lerato la hae le botšepehi ba hae.+
Leha ke robala, pel’a ka ho na le ba batlang ho nkharola,
Bao meno a bona e leng marumo le metsu
Le bao maleme a bona e leng sabole e bohale.+
5 Molimo, bontša boholo ba hao maholimong.
E se eka khanya ea hao e ka ba lefatšeng lohle.+
6 Lira tsa ka li nchehetse leraba.*+
Ke tšoenyehile haholo.+
Ba ncheketse sekoti tseleng ea ka
Empa ke bona ba oetseng ka har’a sona.+ (Selah)
Ke tla bina ke be ke letse ’mino.
8 Tsoha, khanya ea ka.
Tsoha, uena seletsa se likhoele le uena harepa.
Ke tla tsoha ka meso.+
11 Molimo, bontša boholo ba hao maholimong.
E se eka khanya ea hao e ka ba lefatšeng lohle.+
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “U se ke oa Senya.” Pesaleme ea Davida. Miktame.*
58 Na le ka bua ka ho loka empa le khutsitse?+
Na le ka ahlola ka toka, lona bara ba batho?+
3 Ba khopo ba tsoa tseleng ho tloha ha ba tsoaloa.*
Ha ba laolehe, ba bua leshano ho tloha ha ba hlaha.
4 Chefo ea bona e tšoana le ea linoha.+
Ha ba utloe litsebeng joaloka noha ea masumu e ithibang litsebe.
5 E ke ke ea mamela lentsoe la ba tšerehanyang linoha,
Ho sa tsotellehe hore na ba na le bokhoni hakae.
6 Molimo, ba ntše meno.
Roba mehlahare ea litau tsena hle Jehova.
7 E se eka ba ka nyamela joaloka metsi a phallang.
E se eka Molimo a ka koba seqha sa hae ’me a ba liha ka metsu ea hae.
8 E se eka ba ka tšoana le khofu e haufi le ho shoa.*
Ba tšoane le ngoana ea hlahang a sa phele, ea e-s’o ka a bona letsatsi le ka mohla.
9 Pele lipitsa tsa lona li utloa mocheso oa sehlahla sa monokotšoai,
O tla fiela thupa e mongobo le e tukang joaloka moea oa sefefo.+
10 Ea lokileng o tla thaba hobane a bone ha Molimo a iphetetsa.+
Maoto a hae a tla tlala mali a ba khopo.+
11 Kahoo batho ba tla re: “Ho na le moputso bakeng sa ba lokileng.+
Ho na le Molimo ea ahlolang lefatšeng.”+
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “U se ke oa Senya.” Pesaleme ea Davida. Miktame.* Ha Saule a ne a rometse banna ho ea lebela ntlo ea Davida hore ba mo bolaee.+
59 Molimo oa ka, mpholose ho lira tsa ka.+
Ntšireletse ho ba ntlhaselang.+
2 Mpholose ho ba etsang lintho tse khopo,
U mpholose ho batho ba ratang ntoa.
3 Ba emetse ho ntlhasela ke sa lebella.+
Banna ba matla baa ntlhasela
Empa eseng hobane ke ba fetohetse kapa ke entse sebe,+ Jehova.
4 Le hoja ho se na phoso eo ke e entseng, baa matha ’me ba itokisetsa ho ntlhasela.
Tsoha u tl’o nthusa ha ke u hoeletsa ’me u bone seo ba se etsang.
5 Hobane Jehova Molimo oa mabotho, u Molimo oa Iseraele.+
Tsoha u hlahlobe lichaba tsohle.
U se ke oa hauhela mahlabaphio leha e le afe a kotsi.+ (Selah)
6 Ba khutla mantsiboea a mang le a mang.+
Ba bohola* joaloka lintja,+ ba solla motseng.+
7 Bona se tsoang melomong ea bona.
8 Empa uena, Jehova, u tla ba tšeha.+
U tla soma lichaba tsohle.+
9 U Matla a ka, ke tla lula ke u letetse.+
Molimo, u setšabelo sa ka se sireletsehileng.*+
10 Molimo oa ka ea nthatang o tla nthusa.+
Molimo o tla etsa hore ke bone ha ba ntlhoileng ba hloloa.+
11 U se ke oa ba bolaea e le hore batho ba heso ba se ke ba lebala.
Ka matla a hao, etsa hore ba lelere.
Jehova, thebe ea rona, etsa hore ba oe.+
12 Kaha ba entse sebe ka seo ba se buang,
E se eka ba ka tšoasoa ke boikhohomoso ba bona,+
Ka lebaka la thohako le mashano ao ba a buang.
13 Ba felise ka bohale ba hao.+
Ba felise e le hore ba se ke ba hlola ba e-ba teng.
Etsa hore ba tsebe hore Molimo o busa Jakobo le lefatšeng lohle.+ (Selah)
14 Etsa hore ba khutle mantsiboea.
Ba bohole* joaloka lintja, ba solle motseng.+
15 Etsa hore ba tsamaee hohle ba batlana le lijo.+
U se ke oa ba tlohela hore ba khore kapa ba fumane moo ba ka robalang teng.
16 Ha e le ’na, ke tla bina ka matla a hao.+
Hoseng ke tla bua ka lerato la hao ke thabile
Kaha u setšabelo sa ka se sireletsehileng+
Le sebaka seo ke balehelang ho sona ha ke e-na le mathata.+
17 U Matla a ka, ke tla u binela lithoriso+
Hobane Molimo, u setšabelo sa ka se sireletsehileng, Molimo ea nthatang.+
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “Palesa* ea Khopotso.” Miktame.* Pesaleme ea Davida. Bakeng sa ho ruta. Ha a ne a loana le Arame-naharaime le Arame-Zoba ’me Joabe a khutla ho tla bolaea Baedomo ba 12 000 Khohlong ea Letsoai.+
60 Molimo, u re lahlile, u re qhalakantse.+
U ne u re halefetse empa re amohele hape.
2 U entse hore lefatše le reketle, oa le petsola.
Lokisa likheo tsa lona hobane lea oa.
3 U entse hore batho ba hao ba be mathateng.
U re noesitse veine e etsang hore re thekesele.+
5 Re pholose ka letsoho la hao le letona ’me u re arabe+
E le hore bahlanka ba hao bao u ba ratang ba ka pholosoa.
6 Molimo o buile a le khalalelong ea hae* a re:
Juda ke lere la ka la bolaoli.+
8 Moabe ke sekotlolo seo ke hlatsoetsang ho sona.+
9 Ke mang ea tla ntlisa motseng o lika-likelitsoeng?*
Ke mang ea tla etsa hore ke fihle Edomo?+
10 Na ha se uena Molimo oa ka?
Empa joale u re lahlile. Molimo oa rona ha u sa tsamaea le rona.+
Ho motsamaisi. E binoe ka liletsa tse likhoele. Pesaleme ea Davida.
61 Nkutloe ha ke lla ke kopa thuso hle Molimo.
Mamelisisa thapelo ea ka.+
Nkise lefikeng le phahameng ho mpheta.+
4 Ke tla ba moeti tenteng ea hao ka ho sa feleng.+
Ke tla balehela tlas’a mapheo a hao.+ (Selah)
5 Molimo, u utloile likano tsa ka.
U mphile lefa la ba tšabang lebitso la hao.+
6 U tla etsa hore morena a phele nako e telele,*+
O tla phela lilemo tse ngata, ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.
7 O tla lula teroneng ka ho sa feleng ka pel’a Molimo.+
E se eka lerato la hao le botšepehi ba hao li ka mo sireletsa.+
8 Ke tla binela lebitso la hao lithoriso* ka ho sa feleng+
Ha ke ntse ke phetha likano tsa ka letsatsi le letsatsi.+
Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Jeduthune.* Pina ea Davida.
62 Ke letela Molimo ke khutsitse.
Ke eena ea mpholosang.+
2 Ke lefika la ka le mopholosi oa ka, setšabelo sa ka se sireletsehileng.*+
Nke ke ka sisinngoa haholo le ka mohla.+
3 Le tla otla motho ho fihlela neng e le hore le mo bolaee?+
Kaofela ha lona le kotsi joaloka lerako la majoe le sekameng, le seng le le haufi le ho oa.*
4 Baa rerisana hore ba mo theole boemong ba hae bo phahameng.*
Ba thabela ho bua leshano.
Ba hlohonolofatsa ka melomo ea bona empa ka lipelong tsa bona baa rohakana.+ (Selah)
6 Ke lefika la ka le mopholosi oa ka, setšabelo sa ka se sireletsehileng.
Nke ke ka sisinngoa le ka mohla.+
7 Poloko ea ka le khanya ea ka li itšetlehile ka Molimo.
Molimo ke lefika la ka le matla le setšabelo sa ka.+
8 Le mo tšepe ka linako tsohle, lona sechaba.
Le mo bolelle lintho tsohle tse ka lipelong tsa lona.+
Molimo ke setšabelo sa rona.+ (Selah)
Ba bofefo ho feta moea ha ba bapisoa le ’ona sekaleng.+
10 Le se ke la tšepa bolotsana
Kapa la tšepa bosholu.
Haeba maruo a lona a eketseha, le se ke la beha lipelo tsa lona ho ’ona.+
11 Ke utloile habeli hore Molimo o itse:
Matla ke a Molimo.+
12 Lerato* le lona ke la hao, Jehova.+
U putsa motho e mong le e mong ho ea ka liketso tsa hae.+
Pina ea Davida, ha a ne a le lefeelleng la Juda.+
63 Molimo, u Molimo oa ka, ke lula ke u batla.+
Ke u hloka joaloka motho ea nyoretsoeng metsi.+
Ke feletsoe ke matla hobane ke u hopotse
Naheng ena e omeletseng, moo ho se nang metsi.+
2 Ke u bone sebakeng sa hao se halalelang.
Ke bone le matla a hao le khanya ea hao.+
4 Ke tla u rorisa bophelo bohle ba ka.
Ke tla phahamisa matsoho a ka ’me ke u rapele ke bitsa lebitso la hao.
5 Ke khotsofetse hobane u mpha lintho tse molemo le tse ntlehali,
Ke tla u rorisa ka molomo oa ka ke thabile.+
6 Ke u hopola ke le betheng ea ka.
Ke nahanisisa ka uena bosiu bohle.+
8 Ke u khomaretse.
Letsoho la hao le letona le ntšoere ka tieo.+
9 Empa ba batlang ho mpolaea
Ba tla theohela tlase lebitleng.
10 Ba tla felisoa ka bohale ba sabole.
E tla ba lijo tsa liphokojoe.
11 Morena o tla thaba* ka lebaka la Molimo.
Motho e mong le e mong ea hlapanyang ka Molimo o tla nyakalla
Hobane melomo ea ba buang leshano e tla khutsisoa.
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
64 Ke tšoenyehile hle Molimo, ke kopa u nkutloe.+
Sireletsa bophelo ba ka ha sera se ntlhasela.
3 Ba leotsa maleme a bona joaloka sabole.
Ba itokisetsa ho lahlela mantsoe a bohloko joaloka metsu
4 Hore ba hlabe ea se nang molato ba le moo ba ipatileng teng.
Ba mo hlaba a sa lebella, ba sa tšabe letho.
5 Ba khomarela merero ea bona e khopo.*
Ba buisana ka hore na ba pate maraba a bona joang.
Ba re: “Ha ho na motho ea tla a bona.”+
6 Ba batlana le litsela tse ncha tsa ho etsa lintho tse mpe.
Ba loha maqheka ka bohlale ba ipatile.+
Lintho tseo ba li nahanang li tebile.
7 Empa Molimo o tla ba hlaba.+
Ba tla lematsoa ke motsu ka tšohanyetso.
8 Lintho tseo ba li buang li tla etsa hore ba felisoe.+
Bohle ba ba shebileng ba tla sisinya lihlooho.
9 Batho bohle ba tla tšoha,
Ba tla phatlalatsa lintho tseo Molimo a li entseng
Ebile ba tla utloisisa liketso tsa hae.+
10 Ea lokileng o tla thaba ka lebaka la Jehova ’me a balehele ho eena.+
Batho bohle ba lipelo li lokileng ba tla thaba.*
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina.
65 Molimo, u tla rorisoa thabeng ea Sione.+
Re tla phethahatsa likano tseo re u etselitseng tsona.+
2 Uena Ea Utloang thapelo, batho bohle ba tla tla ho uena.+
Batho ba lulang likarolong tsohle tsa lefatše baa u tšepa+
Le ba lulang hole ka nģ’ane ho leoatle.
6 U hlomme lithaba, oa li tiisa ka matla a hao.
U na le matla a maholo.+
8 Batho ba lulang libakeng tse hole ba tla makatsoa ke lipontšo tsa hao.+
U tla etsa hore batho ba lulang ho tloha bochabela ho ea fihla bophirimela ba hoeletse ba thabile.
Nokana e tsoang ho Molimo e na le metsi a mangata.
U ba fa lijo,+
Ke ka tsela eo u entseng lefatše ka eona.
10 U kolobisa liforo tsa lona ebile u batalatsa mobu oa lona o lenngoeng.
U le nolofatsa ka lipula tsa melupe, oa le hlohonolofatsa e le hore lijalo li hole.+
11 U roesitse selemo korone ka ho se hlohonolofatsa ka lintho tse ntle.
Litsela tsa hao li tletse lintho tse molemo.+
Li hoeletsa ka thabo, lia bina.+
Ho motsamaisi. Pesaleme. Pina.
66 Hoeletsang Molimo le thabile, lona bohle ba lefatšeng.+
2 Binelang* lebitso la hae le khanyang lipina tsa thoriso.
Mo halaletseng ’me le mo rorise.+
3 E re’ng ho Molimo: “Mesebetsi ea hao ke e hlollang haholo.+
Ka lebaka la matla a hao a maholo,
Lira tsa hao li tla ikokobetsa ka pel’a hao.+
4 Batho bohle lefatšeng ba tla u khumamela.+
Ba tla u binela lithoriso.
Ba tla binela lebitso la hao lithoriso.”+ (Selah)
5 Tloong le tl’o bona mesebetsi ea Molimo.
Lintho tseo a li etselitseng bara ba batho lia hlolla.+
6 O ile a fetola leoatle hore e be naha e ommeng.+
Ba tšetse nokeng ka maoto.+
Re ne re thabile moo ka lebaka la seo a re etselitseng sona.+
7 O busa ka matla a hae ka ho sa feleng.+
Mahlo a hae a lula a shebile lichaba.+
Ba manganga ba se ke ba iphahamisa.+ (Selah)
Haa tlohelle maoto a rona hore a khoptjoe.*+
U re hloekisitse feela joalokaha silevera e hloekisoa.
11 U re kentse letlooeng la ho tsoma.
U behile moroalo o boima haholo holim’a rona.
12 U lumeletse batho hore ba re hatakele.*
Re fetile mollong le metsing
Eaba u re tlisa sebakeng seo re ka phomolang ho sona.
13 Ke tla kena ka tlung ea hao ka linyehelo tse feletseng tsa secheso.+
Ke tla phetha likano tsa ka tseo ke u etselitseng tsona+
14 Tseo ke u tšepisitseng tsona ka molomo oa ka+
Le tseo ke li buileng ha ke ne ke tšoenyehile.
15 Ke tla u etsetsa linyehelo tsa secheso ka liphoofolo tse nonneng
Ka mosi oa sehlabelo sa liramo.
Ke tla nyehela ka lipoho le ka liphooko.* (Selah)
17 Ke ile ka mo bitsa ka molomo oa ka
Ka mo rorisa ka leleme la ka.
20 Ho rorisoe Molimo, ea sa kang a iphapanyetsa thapelo ea ka
Kapa a hana ho mpontša lerato.
Ho motsamaisi. E binoe ka liletsa tse likhoele. Pesaleme. Pina.
67 Molimo o tla re hauhela a be a re hlohonolofatse.
O tla re bontša hore oa re rata+ (Selah)
2 E le hore tsela ea hae e ka tsebahala lefatšeng lohle+
Le hore lichaba tsohle li tsebe hore u mopholosi.+
3 Molimo, lichaba li ke li u rorise.
Batho bohle ba ke ba u rorise.
U tla tataisa lichaba tsa lefatše. (Selah)
5 Molimo, lichaba li ke li u rorise.
Batho bohle ba ke ba u rorise.
6 Lefatše le tla hlahisa lijalo tsa lona.+
Molimo, Molimo oa rona, u tla re hlohonolofatsa.+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina.
2 Joalokaha mosi o fokeloa hole, e se eka u ka ba leleka.
Joalokaha mafura a qhibiliha mollong,
E se eka batho ba khopo ba ka felisoa ka pel’a Molimo.+
3 Empa ba lokileng ba ke ba thabe.+
Ba nyakalle ka pel’a Molimo.
Ba ke ba thabe haholo.
4 Binelang Molimo, binelang* lebitso la hae lipina tsa thoriso.+
Binelang ea fetang mahoatateng.*
Jah* ke lebitso la hae.+ Le thabe ka pel’a hae.
5 Molimo ke ntate oa likhutsana* le mosireletsi* oa bahlolohali+
A le sebakeng sa hae se halalelang.+
6 Molimo o fa ba se nang ea ba thusang lehae.+
O lokolla batšoaruoa ’me o etsa hore ba atlehe.+
Empa ba manganga* ba lokela ho lula naheng e omeletseng.+
Leholimo la nesa pula ka lebaka la Molimo.
Sinai ena ea reketla ka lebaka la Molimo, Molimo oa Iseraele.+
9 Molimo, u ile oa etsa hore pula e ne haholo.
Oa fa batho ba hao ba khathetseng matla.
10 Ba ile ba lula litenteng tsa hao.+
U ile oa hlokomela ba futsanehileng hobane u molemo, Molimo.
12 Marena le masole a ’ona aa baleha,+ aa baleha.
Mosali ea setseng hae le eena o fumana karolo ea thepa e hapuoeng.+
13 Le hoja lona banna le ne le robetse mollong,*
Le tla fumana leeba leo mapheo a lona a koahetsoeng ka silevera,
Le leo masiba a lona e leng a khauta e hloekisitsoeng.*
15 Thaba ea Bashane+ ke thaba ea Molimo.*
Thaba ea Bashane ke thaba ea litlhoro.
16 Lona lithaba tse nang le litlhoro, ke hobane’ng ha le honohela
Jehova o tla lula moo ka ho sa feleng.+
17 Likariki tsa ntoa tsa Molimo li likete tse mashome, li likete-kete.+
Jehova o tlile sebakeng se halalelang a tsoa Sinai.+
U nkile batšoaruoa.
19 E se eka Jehova ea re jarelang mojaro letsatsi le letsatsi,+ a ka rorisoa,
Molimo oa ’nete ea re pholosang. (Selah)
20 Ho rona Molimo oa ’nete ke ea re pholosang.+
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re pholosa lefung.+
21 Molimo o tla pshatla lihlooho tsa lira tsa hae
E leng hlooho ea mang kapa mang ea ntseng a etsa lintho tse mpe.+
22 Jehova o itse: “Ke tla ba khutlisa Bashane.+
Ke tla ba khutlisa botebong ba leoatle
23 E le hore leoto la hao le ka hata mali a lira tsa hao+
Le hore maleme a lintja tsa hao a tle a latsoe mali a lira tsa hao.”
24 Ba bona mekoloko ea hao Molimo,
Mekoloko ea batho ba Molimo oa ka, Morena oa ka, ba kena sebakeng se halalelang.+
25 Libini li tsamaea ka pele, ba letsang liletsa tse likhoele ba tla ka mor’a tsona.+
Lipakeng tsa bona ke baroetsana ba letsang meropa e menyenyane.+
26 Rorisang Molimo phuthehong e kholo.
Rorisang Jehova, lona ba tsoang Mohloling oa Iseraele.+
27 Benjamine+ e monyenyane o hlola batho,
Likhosana tsa Juda le letšoele la tsona le lerata
Hammoho le likhosana tsa Zabulone le likhosana tsa Nefthali.
28 Molimo oa hao o fane ka taelo ea hore u fuoe matla.
Molimo, bontša matla a hao feela joalokaha u ile oa a bontša bakeng sa rona.+
30 Khalemela libata tsa mahlakeng
Le mohlape oa lipoho+ le manamane a tsona,
Ho fihlela batho ba u khumamela ’me ba tlisa* likotoana tsa silevera.
O hasanye batho ba ratang ntoa.
31 Lintho tsa boronse li tla tlisoa* li tsoa Egepeta.+
Kushe o tla potlakela ho fa Molimo limpho.
33 Ea palameng maholimo a phahameng ao esale a le teng ho tloha khale.+
Lentsoe la hae le matla le luma joaloka sealuma.
34 Rorisang Molimo hobane o matla.+
O busa Iseraele,
Matla a hae a maholimong.*
35 Batho ba tšabe Molimo le ho mo hlompha a le sehalalelong sa hae se seholo.+
Ke Molimo oa Iseraele,
Ea fang batho matla.+
Ho rorisoe Molimo.
Ho motsamaisi. E letsoe ka molumo oa “Lipalesa.”* Pesaleme ea Davida.
69 Mpholose hle Molimo hobane ke haufi le ho khangoa ke metsi.+
2 Ke tetebetse seretseng se tebileng, moo ho se nang mobu o ommeng.+
Ke kene metsing a tebileng,
Nokana e phallang e nkhohotse.+
3 Ke khathetse ke ho hoeletsa.+
Ke chele lentsoe.
Mahlo a ka a khathetse ke ho letela Molimo oa ka.+
Ba batlang ho mpolaea,
Lira tsa ka tse bolotsana* li se li le ngata.
Ba ile ba nqobella hore ke khutlise seo ke neng ke sa se utsoa.
5 Molimo, u tseba booatla ba ka,
Molato oa ka ha oa pateha ho uena.
6 E se eka ba u tšepileng ba ke ke ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la ka,
’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho.
E se eka ba u batlang ba ke ke ba tlotlolleha ka lebaka la ka,
Molimo oa Iseraele.
7 Kea nyatsuoa ka lebaka la hao.+
Ke aparetsoe ke lihlong.+
9 Cheseho ea ka bakeng sa ntlo ea hao e tuka joaloka mollo ka pelong ea ka+
Le lithohako tsa ba neng ba u rohaka li oetse holim’a ka.+
12 Batho ba lulang keiting ea motse ba bua ka ’na
Le matahoa a bina ka ’na.
Ka lebaka la lerato* la hao le leholo, Molimo,
Nkarabe ’me u bontše hore u mopholosi oa ka ea tšepahalang.+
14 Mpholose seretseng.
U se ke oa ntlohela hore ke tetebele.
Mpholose ho ba ntlhoileng
Le metsing a tebileng.+
16 Nkarabe hle Jehova hobane oa nthata.*+
Nkarabe kapele hobane ke tšoenyehile.+
18 Nkatamele, u mpholose.
Ntopolle ka lebaka la lira tsa ka.
19 U tseba kamoo ke nyatsuoang, ke hlabisoang lihlong le kamoo ke tlotlolloang kateng.+
U bona lira tsa ka tsohle.
20 Pelo ea ka e bohloko ka lebaka la ho nyefoloa ’me leqeba la teng ha le fole.*
Ke ne ke lebelletse ho utloeloa bohloko empa ha ho na ea ileng a etsa joalo+
Le hore ho be le ba ntšelisang empa ba ne ba le sieo.+
21 Ho e-na le ho mpha lijo ba ile ba mpha chefo,*+
Ha ke ne ke nyoriloe ba ile ba mpha vinika hore ke e noe.+
23 Mahlo a bona a fifale e le hore ba se ke ba bona,
U etse hore matheka a bona a lule a thothomela.
25 Sebaka seo ba hlommeng litente ho sona* se ke se hloke baahi.
Ho se ke ha e-ba le motho ea lulang litenteng tsa bona.+
26 Ba lelekisa eo u mo otlileng,
Ba ntse ba bua ka bohloko ba bao u ba hlokofalitseng.
27 Eketsa molato oa bona ka molato o mong,
E se eka u ke ke oa ba nka e le ba lokileng.
29 Ke tšoenyehile ebile ke utloile bohloko.+
E se eka matla a hao a pholosang a ka ntšireletsa hle Molimo.
30 Ke tla binela lebitso la Molimo lithoriso,
Ke tla mo tlotlisa ka ho mo leboha.
31 Sena se tla thabisa Jehova ho feta mahlabelo a lipoho,
Ho feta lipohoana tse nang le manaka le litlhakoana.+
32 Ba bonolo ba tla bona molemo oa Molimo ’me ba thabe.
Lona ba sebeletsang Molimo, le khothale.
Ba tla lula moo ’me e tla ba lefa la bona.*
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida ea khopotso.
70 Mpholose hle Molimo.
Potlaka u tl’o nthusa Jehova.+
2 Batho ba batlang ho mpolaea
Ba ke ba hlajoe ke lihlong ’me ba soabe.
Ba thabelang litsietsi tsa ka
Ba ke ba khutle ba tlotlolohile.
3 E se eka ba ntseng ba re: “U laehile!”
Ba ka baleha ba tlotlolohile.
E se eka ba ratang ho pholosoa ke uena ba ka re kamehla:
“Molimo a ke a tlotlisoe.”
5 Ha ke khone ho iketsetsa letho ebile ke futsanehile.+
Potlaka u tl’o nthusa hle Molimo.+
U mothusi oa ka le mopholosi oa ka.+
U se ke oa lieha hle Jehova.+
71 Ke balehetse ho uena Jehova.
E se eka nke ke ka hlajoa ke lihlong.+
2 Mpholose hobane u lokile.
3 E-ba sebaka sa ka se sireletsehileng
Seo nka ipatang ho sona kamehla.
Laela hore ke pholosoe
Hobane u lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng.+
5 U tšepo ea ka, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.
Esale ke u tšepile ho tloha bocheng.+
6 Esale ke itšetlehile ka uena ho tloha ha ke tsoaloa.
Ke ntšitsoe ke uena ka popelong ea ’mè oa ka.+
Ke u rorisa kamehla.
7 Batho ba bangata ba ile ba makala ha ba bona lintho tse nketsahaletseng
Leha ho le joalo, u setšabelo sa ka se matla.
8 Molomo oa ka o lula o u rorisa.+
Ke bua ka bokhabane ba hao letsatsi lohle.
9 U se ke oa ntahla botsofaling ba ka.+
U se ke oa ntlohela ha matla a ka a fela.+
10 Lira tsa ka li bua hampe ka ’na,
Ba batlang ho mpolaea ba rera lintho tse mpe ka ’na,+
11 Ba re: “Molimo o mo lahlile.
Mo lelekiseng, le mo tšoare hobane ha ho na motho ea tla mo pholosa.”+
12 Molimo, u se ke oa ba hole le ’na.
Molimo oa ka, potlaka u tl’o nthusa.+
E se eka ba lakatsang hore ke hlaheloe ke lintho tse mpe
Ba ka hlajoa ke lihlong ba be ba tlotlollehe.+
14 Ha e le ’na, ke tla lula ke letile.
Ke tla u rorisa ho feta pele.
15 Molomo oa ka o tla bua ka liketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle+
Le ka lintho tseo u li entseng ho re pholosa,
16 Ke tla tla ’me ke bue ka matla a hao,
Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.
Ke tla bua ka liketso tsa hao tse lokileng, tsa hao feela.
17 Molimo, u nthutile ho tloha ke sa le mocha,+
Le kajeno ke ntse ke bua ka mesebetsi ea hao e hlollang.+
18 Molimo, u se ke oa ntahla ha ke se ke tsofetse ebile moriri oa ka o le moputsoa.+
19 Molimo, liketso tsa hao tse lokileng li fihla libakeng tse phahameng.+
U entse lintho tse kholo.
Molimo, ke mang ea tšoanang le uena?+
’Nyolle botebong* ba lefatše.+
21 E se eka u ka khutlisa seriti sa ka,
U ntšireletse ’me u ntšelise.
Ke tla u binela lipina* tsa lithoriso ka harepa,
Mohalaleli oa Iseraele.
24 Ke tla bua* ka liketso tsa hao tse lokileng letsatsi lohle.+
Ba batlang ho mphelisa ba tla hlajoa ke lihlong ’me ba tlotlollehe.+
Mabapi le Solomone.
2 E se eka a ka buella nyeoe ea batho ba hao ka ho loka
Le ea batho ba hao ba maemong a tlase ka toka.+
3 Lithaba li ke li tlisetse batho khotso
Le maralla a ke a tlise ho loka.
4 A ke a buelle* batho ba maemo a tlase,
A pholose bara ba ba futsanehileng,
A be a silakanye molotsana.+
5 Ba tla u tšaba hafeela letsatsi le ntse le le teng
Le hafeela khoeli e ntse e le teng,
Molokong o mong ka mor’a o mong.+
6 O tla ba joaloka pula e nelang joang bo kutiloeng,
A be joaloka lipula tsa melupe tse nosetsang lefatše.+
8 O tla ba le batho bao a ba busang ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng
10 Marena a Tarshishe le a lihlekehlekeng a tla patala lekhetho.*+
Marena a Sheba le a Seba a tla tlisa limpho.+
11 Marena ’ohle a tla mo inamela,
Lichaba tsohle li tla mo sebeletsa.
12 O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso
Le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi.
13 O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng
Ebile o tla pholosa bafutsana.
14 O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang,
Mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.
15 A ke a phele ’me a fuoe khauta ea Sheba.+
A ke a rapelloe kamehla,
E se eka a ka hlohonolofatsoa ka linako tsohle.
16 Ho tla ba le lijo* tse ngata lefatšeng.+
Li tla ba ngata le holim’a lithaba.
Masimo a morena a tla hlahisa lijalo tse ngata joaloka tsa Lebanone,+
Batho ba lulang metseng ba tla ba bangata joaloka limela tsa lefatše.+
E se eka batho ba ka hlohonolofatsoa ka lebaka la hae.+
Lichaba tsohle li ke li phatlalatse hore o thabile.
18 Ho ke ho rorisoe Jehova Molimo, Molimo oa Iseraele,+
Eo e leng eena feela ea etsang lintho tse hlollang.+
19 Lebitso la hae le khanyang le ke le rorisoe ka ho sa feleng+
Le khanya ea hae e tlale lefatšeng lohle.+
Amen le Amen.
20 Lithapelo tsa Davida mora oa Jese li fella mona.+
BUKA EA BORARO
(Pesaleme ea 73-89)
Pina ea Asafe.+
73 Kannete Molimo o molemo ho batho ba Iseraele, ho ba lipelo li hloekileng.+
2 Ha e le ’na, maoto a ka a batlile a kheloha.
Maoto a ka a batlile a thella.+
4 Ba shoa ba sa utloe bohloko.
6 Ka lebaka leo, boikhohomoso ke sefaha sa bona.+
Ntoa ke seaparo sa bona.
7 Mahlo a bona a matenya* hobane ba atlehile.*
Ba finyeletse lintho tse ngata ho feta kamoo ba neng ba nahanne kateng.
8 Baa soma ebile ba bua lintho tse mpe.+
Ka boikhohomoso ba tšosa ba bang ka hore ba tla ba hatella.+
9 Ba bua joalokaha eka ba holimo leholimong,
Ba tsamaea hohle lefatšeng ba bua lintho tseo ba li ratang.
11 Ba re: “Molimo a ka tseba joang?+
Na Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tseba lintho tsohle?”
12 Bana ke ba khopo, bao lintho li lulang li ba tsamaela hantle.+
Ba lula ba eketsa maruo a bona.+
13 Ha ho thuse letho hore ebe ke hloekisitse pelo ea ka
Le hore ebe ke hlatsoitse matsoho a ka ho bontša hore ha ke na molato.+
15 Empa haeba ke ne ke buile lintho tsena,
Nka be ke bile motho ea sa tšepahaleng ho batho ba hao.
16 Ha ke leka ho utloisisa,
Ke ne ke tšoenyeha
17 Ho fihlela ke kena ka sehalalelong se seholo sa Molimo
Ke bile ke bona bokamoso ba bona.
18 U ba beha moo ho thellang.+
U etsa hore ba oe ’me ba felisoe.+
19 Ba tla felisoa ka ho panya ha leihlo.+
Ba tla felisoa ka potlako le ka tsela e tšosang.
22 Ke ne ke sa nahane ebile ke sa utloisise.
Ho uena ke ne ke tšoana le phoofolo e se nang kelello.
23 Empa hona joale ke lula ke e-na le uena.
U tšoere letsoho la ka le letona.+
25 Ke mang ea bohlokoa ho ’na maholimong ho feta uena?
Ntle ho uena, ha ho na letho leo ke le batlang lefatšeng.+
26 ’Mele oa ka le pelo ea ka li ka felloa ke matla
Empa Molimo o sireletsa pelo ea ka, ke lefika la ka ebile ke eena feela eo ke nang le eena* ka ho sa feleng.+
27 Ba hole le uena ba tla felisoa.
U tla felisa* bohle ba u tlohelang ka lebaka la boitšoaro bo bobe.*+
28 Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho ntsoela molemo.+
Ke entse Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle setšabelo sa ka
Hore ke bolele mesebetsi eohle ea hae.+
74 Molimo, ke hobane’ng ha u re lahletse ruri?+
Ke hobane’ng ha u halefetse mohlape oa lekhulo la hao?+
Hopola Thaba ea Sione, eo u lutseng ho eona.+
3 Tsamaea u ee sebakeng se felisitsoeng.+
Sera se felisitse lintho tsohle sebakeng se halalelang.+
4 Lira tsa hao li ile tsa hoeletsa ka har’a sebaka sa hao seo ho kopaneloang ho sona.+
Li behile matšoao a tsona moo.
5 Li ne li le joaloka banna ba remang lifate tse ngata ka lilepe.
6 Li ile tsa roba mekhabiso eohle ea sebaka seo+ ka lilepe le lipalo tsa tšepe.
7 Li chesitse sehalalelo sa hao.+
Li silafalitse tabernakele eo lebitso la hao le leng ho eona, tsa e lihela fatše.
8 Tsona le bana ba tsona li itse ka lipelong tsa tsona:
“Libaka tsohle tsa Molimo* tseo ho kopaneloang ho tsona naheng ena li lokela ho chesoa.”
9 Ha ho na lipontšo tseo re li bonang.
Ha ho sa na moprofeta
Ebile ha ho na motho har’a rona ea tsebang hore na lintho tsena li tl’o nka nako e kae.
10 Molimo, mohanyetsi o tla u nyefola ho fihlela neng?+
Na sera se tla hlompholla lebitso la hao ka ho sa feleng?+
11 Ke hobane’ng ha u sa ntše letsoho la hao le letona?+
Le ntše ka pokothong e sefubeng* ’me u ba felise.
13 U ile oa fuluha leoatle ka matla a hao.+
Oa silakanya lihlooho tsa libata tsa leoatle ka metsing.
14 U ile oa silakanya lihlooho tsa Leviathane.*
Oa li fa batho ba lulang mahoatateng hore ba li je.
15 U ile oa cheka liliba e le hore metsi a ka phalla.+
Oa pshesa linoka tse phallang kamehla.+
16 Motšehare le bosiu ke tsa hao.
U entse leseli le letsatsi.+
17 U entse meeli eohle ea lefatše.+
Oa etsa mariha le lehlabula.+
18 Jehova, hopola kamoo sera se u nyefolang kateng
Le kamoo batho ba se nang kelello ba sa hlompheng lebitso la hao kateng.+
19 U se ke oa fa libata tsa naha bophelo ba leebana-khoroana la hao.
U se ke oa lebala ka ho sa feleng bophelo ba batho ba hao ba hlorileng.
20 Hopola selekane
Hobane libaka tse lefifi tsa lefatše li tletse batho ba ratang ntoa.
21 E se eka ea hateletsoeng a ke ke a khutla a soetsehile.+
E se eka ba maemong a tlase le ba futsanehileng ba ka rorisa lebitso la hao.+
22 Ema Molimo, u buelle nyeoe ea hao.
Hopola kamoo maoatla a u nyefolang kateng letsatsi lohle.+
23 U se ke oa lebala seo lira tsa hao li se buang.
Lerata la ba u hanyetsang le nyolohela ho uena kamehla.
Ho motsamaisi. E binoe ka molumo oa “U se ke oa Senya.” Pesaleme ea Asafe.+ Pina.
75 Rea u leboha, Molimo, rea u leboha.
2 U re: “Ha ke behile nako,
Ke ahlola ka toka.
3 Ha lefatše le baahi bohle ba lona ba thothomela,
Ke ’na ea ileng a etsa hore lipilara tsa lona li lule li tiile.” (Selah)
4 Ke re ho ba ikhohomosang, “Le se ke la ikhohomosa,”
Ke re ho ba khopo, “Le se ke la ithorisa ka hore le na le matla.*
6 Bophahamo ha bo tsoe
Bochabela, bophirimela kapa boroa.
O kokobetsa motho e mong ebe o phahamisa e mong.+
8 Ho na le kopi letsohong la Jehova.+
Veine e entse lekoeba ebile e tsoakiloe hantle.
9 Empa ha e le ’na, ke tla bua ka ho sa feleng ka lintho tseo Molimo a li entseng.
Ke tla binela* Molimo oa Jakobo lithoriso.
Ho motsamaisi. E binoe ka liletsa tse likhoele. Pesaleme ea Asafe.+ Pina.
Lebitso la hae le leholo Iseraele.+
4 O koahetsoe ke khanya.
O moholo ho feta lithaba tseo libata li lulang ho tsona.
5 Ba sebete ba nketsoe thepa.+
Ba shoele.*
Banna ba matla ba ne ba sa khone ho itoanela.+
6 Ka lebaka la khalemelo ea hao Molimo oa Jakobo,
Ke mang ea ka emang ka pel’a hao ha u halefile haholo?+
8 U phatlalalitse kahlolo u le leholimong.+
Lefatše le ne le tšohile le bile le khutsitse+
9 Ha Molimo a ema hore a ahlole
Le ho pholosa bohle ba bonolo lefatšeng.+ (Selah)
10 Bohale ba batho bo tla etsa hore u rorisoe.+
Ha batho ba ntse ba halefile, seo se tla etsa hore u halaletsoe.
11 Etsang likano ho Jehova Molimo oa lona ’me le li phethe,+
Bohle ba mo potolohileng ba ke ba tlise limpho tsa bona ba tšohile.+
12 O tla kokobetsa baeta-pele ba ikhohomosang.
O etsa hore marena a lefatše a tšohe.
Ho motsamaisi oa Jeduthune.* Pesaleme ea Asafe.+ Pina.
77 Ke tla hoeletsa Molimo ka lentsoe la ka.
Ke tla hoeletsa Molimo ’me o tla nkutloa.+
2 Ha ke le matšoenyehong ke batla thuso ho Jehova.+
Ke otlollela matsoho a ka ho eena bosiu ke sa khaotse.
Ha ke tšelisehe.
3 Ha ke hopola mesebetsi ea Molimo, kea mo hloloheloa.+
Ke khathatsehile ebile ke felloa ke matla.+ (Selah)
4 U etsa hore ke lule ke butse mahlo.
Ke tšoenyehile ebile ha ke khone ho bua.
6 Bosiu ke hopola pina ea ka.*+
Kea nahanisisa.+
Kea batlisisa.
7 Na Jehova o tla re lahla ka ho sa feleng?+
Na a ke ke a hlola a re hauhela?+
8 Na lerato la hae le felile ka ho sa feleng?
Na ha ho na moloko o tla bona ha tšepiso ea hae e phethahala?
9 Na Molimo o lebetse ho ba mohau?+
Na bohale ba hae bo entse hore mohau oa hae o fele? (Selah)
10 Na ke tla lula ke ntse ke re: “Ena ke eona ntho e ntšoenyang:*+
Ea Phahameng ka ho Fetisisa o re fetohetse”?
11 Ke tla hopola mesebetsi ea Jah.
Ke tla hopola liketso tsa hao tse hlollang tseo u ileng oa li etsa khale.
13 Molimo, litsela tsa hao lia halalela.
Molimo, ke molimo ofe e moholo joaloka uena?+
14 U Molimo oa ’nete, ea etsang lintho tse hlollang.+
U bontšitse batho matla a hao.+
16 Molimo, metsi a u bone.
Metsi a u bone eaba aa ferekana.+
Metsi a tebileng a ile a tsukutleha.
17 Maru a nesitse pula.
Maholimo a thoathoaretsa,
Lehalima la hao la phatsima hohle joaloka metsu.+
18 Molumo oa sealuma+ sa hao o ne o le joaloka mabili a koloi ea ntoa.
Ho benya ha lehalima ho ile ha khantša lefatše.+
Lefatše le ile la tsukutleha le ho reketla.+
Empa mehato ea hao e ne e sa bonahale.
78 Lona batho ba ka, mamelang molao* oa ka.
Mamelang mantsoe a tsoang molomong oa ka.
2 Ke tla bua maele ka molomo oa ka.
Ke tla bua lilotho tsa khale.+
3 Lintho tseo re li utloileng le tseo re li tsebang,
Tseo bo-ntate ba rona ba ileng ba re phetela tsona,+
4 Re ke ke ra li patela bara ba bona.
Re tla bolella moloko o tlang+
Ka liketso tsa Jehova tse tšoaneloang ke thoriso le ka matla a hae,+
Lintho tse hlollang tseo a li entseng.+
A laela baholo-holo ba rona
Hore ba bolelle bana ba bona ka lintho tsena+
6 E le hore moloko o tlang,
Bana ba e-s’o tsoaloe, ba ka li tseba.+
Le bona ba tle ba li bolelle bana ba bona.+
7 Bana bao ba tla tšepa Molimo.
8 Ba ke ke ba tšoana le baholo-holo ba bona
E leng moloko o manganga le o tletseng borabele,+
Moloko o neng o lula o fetola maikutlo a oona*+
Le o neng o sa tšepahalle Molimo.
9 Baefraime ba ne ba tšoere seqha
Empa ba ile ba baleha ka letsatsi la ntoa.
11 Hape ba ile ba lebala lintho tseo a li entseng,+
Mesebetsi ea hae e hlollang eo a ba bontšitseng eona.+
12 O entse lintho tse hlollang baholo-holo ba bona ba ntse ba shebile,+
Naheng ea Egepeta, sebakeng sa Zooane.+
15 A petsola mafika lefeelleng,
A ba noesa metsi ho fihlela ba khotsofetse joalokaha eka a tsoa botebong ba leoatle.+
“Na a ka re fa le bohobe
Kapa a fa batho ba hae nama?”+
21 Ha Jehova a ba utloa, a halefa.+
Mollo+ oa tukela Jakobo,
A halefela Baiseraele+
22 Hobane ba ne ba sa lumele ho Molimo,+
Ba sa tšepe hore a ka khona ho ba pholosa.
23 A laela maholimo a koahetsoeng ke maru,
A bula mamati a leholimo.
25 Batho ba ne ba ja bohobe ba linatla.*+
O ne a ba fepa ho fihlela ba khotše.+
27 A ba fa nama e ngata joaloka lerole
Le linonyana tse ngata joaloka lehlabathe la leoatle.
28 A li lihela har’a litente tsa hae,
Ho pota-pota litente tsa hae.
29 Ba ja ’me ba se ke ba emisa leha ba se ba khotše.
O ile a ba fa seo ba neng ba se lakatsa.+
30 Empa le pele ba khotsofala,
Ha lijo li ntse li le ka melomong ea bona,
31 Molimo a ba halefela haholo,+
A bolaea banna ba bona ba matla ka ho fetisisa.+
A liha bahlankana ba Iseraele.
32 Ho sa tsotellehe sena, ba ile ba etsa sebe le ho feta.+
Ha baa ka ba lumela ho Molimo le hoja ba bone mesebetsi ea hae e hlollang.+
33 A felisa matsatsi a bona joalokaha eka ke moea,+
A felisa le lilemo tsa bona ka koluoa ea tšohanyetso.
34 Empa ho sa tsotellehe hore na o ne a ba bolaea hangata hakae, ba ne ba lula ba mo kopa thuso,+
Ba ne ba khutla ’me ba batla Molimo,
35 Ba hopola hore Molimo ke Lefika la bona+
Le hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke Molopolli* oa bona.+
36 Empa ba ile ba leka ho mo thetsa ka melomo ea bona
Le ho mo bolella leshano ka maleme a bona.
37 Ba ne ba sa mo tšepahalle.+
Ba sa tšepahalle le selekane sa hae.+
Hangata o ne a thiba bohale ba hae+
Ho e-na le ho ntša khalefo eohle ea hae.
40 Ba ne ba mo fetohela ka makhetlo a mangata lefeelleng+
Ba bile ba mo utloisa bohloko lehoatateng.+
42 Ha baa ka ba hopola matla* a hae,
Ba ile ba lebala letsatsi leo ka lona a ileng a ba pholosa* ho lira tsa bona,+
43 Kamoo a ileng a etsa lipontšo kateng Egepeta,+
Kamoo a ileng a etsa mehlolo kateng sebakeng sa Zooane
44 Le kamoo a ileng a fetola melatsoana ea Nile mali+
E le hore ba se ke ba khona ho noa metsi a linokana tsa bona.
46 A romela litsie tse senyang hore li senye masimo a bona
Le litsie tse ngata hore li senye lijalo tseo ba li sebelelitseng ka thata.+
47 O ile a senya lifate tsa bona tsa morara ka sefako+
Le lifate tsa bona tsa sikamora ka majoe a sefako.
49 A ntšetsa bohale ba hae bo tukang ho bona,
Khalefo le tlokotsi,
A romela lihlopha tsa mangeloi tse tlisang tlokotsi.
50 A lokolla bohale ba hae.
Ha aa ka a ba sireletsa hore ba se ke ba shoa.
O ile a etsa hore ba tšoaroe ke boloetse bo bolaeang.
Leoatle le ile la koahela lira tsa bona.+
54 A ba tlisa sebakeng sa hae se halalelang,+
Sebaka se lithaba seo a se hapileng ka letsoho la hae le letona.+
55 O ile a leleka lichaba ka pel’a bona.+
A ba abela lefa ka khoele e lekanyang.+
A beha meloko ea Iseraele malapeng a eona.+
56 Empa ba ’na ba leka Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa le ho mo fetohela.+
Ha baa ka ba mamela likhopotso tsa hae.+
57 Hape ba ne ba kheloha ’me ba le bolotsana joaloka baholo-holo ba bona.+
Ba ne ba sa tšepahale joaloka seqha se sa tieang.+
59 Molimo a bona sena ’me a halefa.+
Kahoo, a lahla Baiseraele ka ho feletseng.
61 O ile a lumella letšoao le emelang matla a hae hore le isoe botlamuoeng.
A lumella hore khanya ea hae e be letsohong la sera.+
65 Jehova a tsoha joalokaha eka o ne a robetse,+
Joaloka monna ea matla+ ea hlaphoheloang ka mor’a ho noa veine e ngata.
66 A khutlisetsa lira tsa hae morao.+
A li tlotlolla ka ho sa feleng.
67 A lahla tente ea Josefa.
Ha aa ka a khetha leloko la Efraime.
69 A etsa hore sehalalelo sa hae se lule se le teng joaloka maholimo,*+
Joaloka lefatše leo a le tiisitseng hore le be teng ka ho sa feleng.+
70 A khetha Davida+ mohlanka oa hae
Eaba o mo tlosa masakeng a linku,+
71 Hore a se ke a hlola a hlokomela linku tse anyesang.
Pina ea Asafe.+
79 Molimo, lichaba li hlasetse lefa la hao.+
Li silafalitse tempele ea hao e halalelang.+
Li entse Jerusalema qubu ea majoe.+
2 Li bolaile bahlanka ba hao, tsa ba fa linonyana hore li ba je.
Tsa bolaea bahlanka ba hao ba tšepahalang, tsa ba fa libata.+
4 Baahisani ba rona ba se ba re nyatsa.+
Ba re potolohileng baa re soma ebile baa re tšeha.
5 Jehova, u tla lula u halefile ho fihlela neng? Ka ho sa feleng?+
Bohale ba hao bo tla tuka joaloka mollo ho fihlela neng?+
8 U se ke oa re otlela liphoso tsa baholo-holo ba rona.+
Potlaka, u re hauhele+
Hobane re feletsoe ke matla.
Re pholose ’me u tšoarele* libe tsa rona ka lebaka la lebitso la hao.+
10 Ke hobane’ng ha lichaba li lokela ho re: “O hokae Molimo oa bona?”+
E se eka re ka bona ha u tsebisa lichaba
Hore u iphetelitse ho ba bolaileng bahlanka ba hao.+
11 E se eka u ka utloa sello sa motšoaruoa.+
Sebelisa matla* a hao a maholo ho boloka* ba ahloletsoeng lefu.+
13 Rona batho ba hao le mohlape oa lekhulo la hao,+
Re tla u leboha ka ho sa feleng
Ebile re tla u rorisa ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.+
Ho motsamaisi. E letsoe ka molumo oa “Lipalesa.”* Khopotso. Pesaleme ea Asafe.+ Pina.
Tloo u tl’o re pholosa.+
Re hauhele ’me u re pholose.+
4 Jehova Molimo oa mabotho, u tla halefela batho ba hao le ho hana ho mamela lithapelo tsa bona ho fihlela neng?+
5 U ba jesa meokho ea bona joalokaha eka ke bohobe
Ebile u ba noesa likeleli tse ngata haholo.
6 U etsa hore baahisani ba rona ba qabane ka lebaka la rona.
Lira tsa rona lia re tšeha.+
7 Molimo oa mabotho, re amohele hape.
Re hauhele ’me o re pholose.+
8 U tlositse sefate sa morara+ Egepeta.
Oa leleka lichaba eaba oa se lema.+
10 Lithaba li ne li koahetsoe ke moriti oa sona
Le lifate tsa kedare tsa Molimo li koahetsoe ke makala a sona.
12 Ke hobane’ng ha u lihile marako a majoe a sirelelitseng serapa sa morara+
E le hore bohle ba fetang ba khe litholoana tsa sona?+
14 Molimo oa mabotho, re kopa u khutle.
Sheba u le leholimong ’me u bone.
U hlokomele sefate sena sa morara,+
15 Hlokomela kutu* ena eo u e lemmeng ka letsoho la hao le letona,+
U shebe mora eo* u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+
16 Sefate sea rengoa ’me se chesoa ka mollo.+
Baa felisoa ha u ba khalemela.*
17 E se eka u ka tšehetsa motho ea ka letsohong la hao le letona,
Mor’a motho eo u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+
18 Re ke ke ra u furalla.
Re boloke re phela e le hore re tle re rorise lebitso la hao.
19 Jehova Molimo oa mabotho, re amohele hape.
Re hauhele ’me u re pholose.+
Ho motsamaisi oa Gitithe.* Pesaleme ea Asafe.+
81 Hoeletsang le thabile ka pel’a Molimo oa rona ea re fang matla.+
Hoeletsang le thabile ’me le rorise Molimo oa Jakobo.
2 Bapalang pina ’me le nke moropa o monyenyane,
Harepa e llang hamonate le seletsa se likhoele.
Ke ile ka utloa lentsoe* leo ke sa le tsebeng le re:
6 “Ke ile ka tlosa moroalo mahetleng a hae.+
Ke ile ka nka baskete* matsohong a hae.
7 U ile oa mpitsa ha u le mahlomoleng ’me ka u pholosa.+
Ka u leka metsing a Meriba.*+ (Selah)
8 Mamelang lona batho ba ka ’me ke tla le khalemela.
Uena Iseraele, e se eka u ka ’mamela.+
Ahlamisang melomo ’me ke tla le fepa le be le khore.+
11 Empa batho ba ka ha baa ka ba mamela lentsoe la ka.
Iseraele ha aa ka a ’mamela.+
12 Ke ile ka ba tlohela hore ba be manganga.
Ba ile ba etsa seo ba bonang se nepahetse.+
13 Haeba sechaba sa ka se ne se ka ’mamela+
Haeba Baiseraele ba ne ba ka latela tataiso ea ka,+
14 Ke ne ke tla kokobetsa lira tsa bona kapele,
Ke hlasele bahanyetsi ba bona.+
15 Ba hloileng Jehova ba tla thothomela ka pel’a hae,
Kahlolo ea bona e tla ba ea ka ho sa feleng.
16 Empa o tla u* fepa koro e ntle ka ho fetisisa*+
A u khotsofatse ka mahe a linotši a tsoang lefikeng.”+
Pina ea Asafe.+
82 Molimo o eme sebakeng sa hae seo ho kopaneloang ho sona.+
3 Buellang* ba maemong a tlase le likhutsana.*+
Le tšoare ba sa khoneng ho itšireletsa le ba futsanehileng ka toka.+
4 Pholosang ba maemong a tlase le ba futsanehileng.
Le ba lopolle matsohong a ba khopo.”
5 Ha ba tsebe ebile ha ba utloisise.+
Ba tsamaea lefifing.
Metheo eohle ea lefatše ea sisinngoa.+
7 Empa le tla shoa feela joalokaha batho ba shoa.+
Le tla oa joaloka likhosana tse ling.”+
Pina ea Asafe.+
Molimo hle, u se ke oa khutsa kapa oa ema feela u sa etse letho.
2 Lira tsa hao li baka morusu.+
Ba u hloileng baa ikhohomosa.*
3 Ba lohela batho ba hao mano ka bolotsana.
Ba rera ho hlasela batho ba hao bao u ba ratang.*
4 Ba re: “Tloong, a re feliseng sechaba sena sohle+
E le hore lebitso la Iseraele le se ke la hlola le hopoloa.”
5 Ba loha leano hammoho.
Ba ikopantse* hore ba u hlasele.+
8 Asiria+ le eona e ikopantse le bona.
Baasiria ba thusa bara ba Lota.+ (Selah)
10 Ba ile ba felisoa Ene-dore.+
Ba fetoha moiteli bakeng sa mobu.
11 Bahlomphehi ba bona u ba etse seo u ileng oa se etsa ho Orebe le Zebe+
Le likhosana* tsa bona u li etse seo u ileng oa se etsa ho Zeba le Zalmuna+
12 Hobane ba itse: “A re nkeng naha eo Molimo a lulang ho eona.”
13 Molimo oa ka, u etse hore ba be joaloka meutloa e fefoloang ke setsokotsane,+
Joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea.
16 Ba tlotlolle
E le hore ba batle lebitso la hao, Jehova.
17 E se eka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ba tšoha ka ho sa feleng.
E se eka ba ka tlotlolloa ’me ba felisoa.
18 E se eka batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova,+
Ke uena feela Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.+
Ho motsamaisi oa Gitithe.* Pesaleme ea bara ba Kora.+ Pina.
84 Jehova oa mabotho,
Tabernakele ea hao e ntle* hakaakang!+
Ke hoeletsa Molimo ea phelang ke thabile
Ka pelo ea ka eohle le ka matla a ka ’ohle.
3 Le linonyana li fumana moo li ka lulang ntlong ea hao,
Lefokotsane le ikahela sehlaha
Moo le hlokomelang malinyane a lona
Haufi le aletare ea hao e kholo, Jehova oa mabotho,
Morena oa ka le Molimo oa ka.
4 Ho thaba ba lulang ka tlung ea hao.+
Ba lula ba u rorisa.+ (Selah)
5 Ho thaba batho ba fumanang matla ho uena,+
Ba lakatsang ho tsamaea litseleng tse eang ntlong ea hao.
Pula ea pele e e apesa* litlhohonolofatso.
7 Matla a bona a tla eketseha ha ba ntse ba tsamaea.+
E mong le e mong o hlaha ka pel’a Molimo Sione.
8 Jehova Molimo oa mabotho, utloa thapelo ea ka.
Mamela hle Molimo oa Jakobo. (Selah)
10 Ho qeta letsatsi le le leng mabaleng a hao ho molemo ho feta ho qeta a sekete sebakeng se seng.+
Ke khetha ho ema monyako oa ntlo ea Molimo oa ka
Ho e-na le ho lula litenteng tsa batho ba khopo.
11 Jehova Molimo o joaloka letsatsi+ le thebe ho rona.+
O mosa ebile o etsa hore re hlomphehe.
Jehova a ke ke a hanela ba se nang molato+
Ka ntho leha e le efe e ntle.
Ho motsamaisi. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Pina.
85 Jehova, u hauhetse naha ea hao.+
U khutlisitse bana ba Jakobo ba neng ba isitsoe botlamuoeng.+
2 U hlakotse liphoso tsa batho ba hao.
U ba tšoaretse* libe tsohle.+ (Selah)
3 U ile oa thiba bohale bohle ba hao.
Oa kokobetsa bohale ba hao.+
5 Na u tla re halefela ka ho sa feleng?+
Na u tla lula u halefile ho fihlela melokong e tlang?
8 Ke tla mamela seo Jehova Molimo oa ’nete a se buang
Hobane o tla bua ka khotso ho batho ba hae+ ba tšepahalang
Empa ba se ke ba itšepa ho tlola joaloka pele.+
10 Lerato* le botšepehi li tla kopana.
Ho loka le khotso li tla tsamaisana.+
Thapelo ea Davida.
86 Jehova hle, ’mamele* ’me u nkarabe.
Ke hlorile ebile ke futsanehile.+
2 Sireletsa bophelo ba ka hobane kea tšepahala.+
Mpholose, ’na mohlanka oa hao ea u tšepileng,
U Molimo oa ka.+
4 Etsa hore ke thabe
Etsoe ke tšepile uena Jehova.
5 Jehova, u molemo+ ebile u ikemiselitse ho tšoarela.+
Bohle ba llelang ho uena u ba rata haholo.+
6 Mamela thapelo ea ka hle Jehova.
U nkutloe ha ke kopa thuso.+
8 Ha ho na molimo ea tšoanang le uena Jehova,+
Ha ho na ea entseng lintho tse tšoanang le tseo u li entseng.+
9 Lichaba tsohle tseo u li entseng
Li tla tla ’me li u khumamele Jehova,+
Li tla tlotlisa lebitso la hao.+
10 U na le matla ebile u etsa lintho tse hlollang.+
Uena u le mong, u Molimo.+
11 Jehova, nthute tsela ea hao.+
Ke tla tsamaea tseleng ea hao e lokileng.+
Etsa hore ke tšabe lebitso la hao ka pelo ea ka eohle.+
12 Jehova Molimo oa ka, ke u rorisa ka pelo ea ka eohle,+
Ke tla tlotlisa lebitso la hao ka ho sa feleng.
14 Molimo, batho ba ikhohomosang baa ntlhasela.+
Sehlopha sa banna ba sehloho se batla ho mpolaea,
Ha ba na taba le uena.+
16 Nkamohele ’me u nkhauhele.+
Mphe matla,+
U mpholose, ’na mora oa lekhoba la hao la mosali.
17 Mpontše bopaki ba hore u molemo
E le hore ba ntlhoileng ba ka bo bona ’me ba hlajoa ke lihlong.
Jehova, u mothusi oa ka le motšelisi oa ka.
Pesaleme ea bara ba Kora.+ Pina.
87 Motheo oa motse oa hae o lithabeng tse halalelang.+
3 Ho buuoa lintho tse ntle ka uena, uena motse oa Molimo oa ’nete.+ (Selah)
4 Rahaba+ le Babilona ke tla ba balla har’a ba ntsebang.
Filistia le Tire hammoho le Kushe ke tsena.
Ho tla thoe: “Enoa ke ea hlahetseng moo.”
5 Ho tla thoe ka Sione:
“E mong le e mong o hlahetse teng.”
Ea Phahameng ka ho Fetisisa o tla tiisa Sione.
6 Ha Jehova a tlaleha lichaba o tla re:
“Enoa ke ea hlahetseng moo.” (Selah)
7 Libini+ le ba tantšang ba potoloha+ ba tla re:
“U mohloli oa lintho tsohle tse molemo tseo ke li fumanang.”+
Pina. Pesaleme ea bara ba Kora.+ Ho motsamaisi. E binoe ka mokhoa oa Mahalathe,* e binoe ho fapanyetsanoa. Maskile* ea Hemane+ oa Moezra.
2 E se eka thapelo ea ka e ka fihla ho uena.+
’Mamele* ha ke lla ke kopa thuso.+
4 Ke se ke baleletsoe har’a batho ba theohelang sekoting.*+
Ke fetohile monna ea se nang matla,+
5 Ea tlohetsoeng har’a ba shoeleng
Joaloka ba bolailoeng ba robetseng lebitleng,
Bao u seng u sa ba hopole
Le bao u seng u sa ba thuse.
Lintho tseo u nketsang tsona li tšoana le maqhubu a maholo a nkotlang. (Selah)
8 U suthiselitse bao ke ba tloaetseng hole le ’na.+
U entse hore ke be ntho e nyonyehang ho bona.
Ke koalletsoe ebile ha ke khone ho baleha.
9 Mahlo a ka ha a sa bona hantle ka lebaka la ho hlopheha.+
Letsatsi lohle ke bitsa uena Jehova.+
Ke otlollela matsoho a ka ho uena.
10 Na u tla etsetsa ba shoeleng mehlolo?
Na ba shoeleng ba ka tsoha hore ba u rorise?+ (Selah)
11 Na lerato la hao le tla boleloa lebitleng?
Na botšepehi ba hao bo tla boleloa sebakeng sa ho bola?*
12 Na liketso tsa hao tse hlollang li tla tsejoa lefifing?
Kapa na liketso tsa hao tse lokileng li tla tsejoa naheng ea batho ba lebetsoeng?+
14 Jehova, ke hobane’ng ha u ntahla?+
Ke hobane’ng ha u mpatela sefahleho sa hao?*+
Ke feletsoe ke matla ka lebaka la lintho tse tšosang tseo u lumeletseng hore li nketsahalle.
16 Ha ke sa na matla hobane u nkhalefetse haholo.+
Lintho tse tšosang tse tsoang ho uena lia mphelisa.
17 Li mpota-potile joaloka metsi letsatsi lohle.
Li nkoalletse ka mahlakoreng ’ohle.*
18 U suthiselitse metsoalle ea ka le bao ke ba tloaetseng hole le ’na.+
Lefifi e se e le motsoalle oa ka.
Maskile.* Pesaleme ea Ethane+ oa Moezra.
89 Ke tla bina ka ho sa feleng ka litsela tseo Jehova a bontšang lerato ka tsona.
Ka molomo oa ka, ke tla tsebisa meloko eohle botšepehi ba hao.
2 Ke itse: “Lerato* la hao le tla lula le le teng ka ho sa feleng+
Ebile u entse hore botšepehi ba hao bo lule bo le teng maholimong.”
3 “Ke entse selekane le mokhethoa oa ka.+
Ke ikanne ho Davida mohlanka oa ka ka re:+
4 ‘Ke tla etsa hore litloholo* tsa hao+ li lule li le teng ka ho sa feleng,
Ke be ke etse hore puso* ea hao e be teng melokong eohle.’”+ (Selah)
5 Jehova, maholimo a rorisa liketso tsa hao tse hlollang,
A rorisa botšepehi ba hao phuthehong ea bahalaleli.
6 Ke mang maholimong ea ka bapisoang le Jehova?+
Ke mang ea tšoanang le Jehova har’a bara ba Molimo?+
7 Molimo oa hlomphuoa phuthehong ea bahalaleli.+
O moholo ebile o hlomphuoa ho feta bohle ba mo potolohileng.+
Botšepehi ba hao bo u pota-potile.+
9 U busa holim’a leoatle le halefileng.+
Ha maqhubu a lona a phahama, oa a khutsisa.+
10 U silakantse Rahaba+ joaloka motho ea bolailoeng.+
U hasantse lira tsa hao ka letsoho la hao le matla.+
11 Maholimo ke a hao le lefatše ke la hao.+
U thehile lefatše le lintho tse tletseng ho lona.+
12 U entse hore ho be le leboea le boroa.
Tabore+ le Hermone+ li rorisa lebitso la hao li thabile.
Seatla sa hao se matla.+
Letsoho la hao le letona le phahame.+
14 Kamehla u busa ka toka le ho loka.+
U bontša lerato* le botšepehi ka linako tsohle.+
15 Ho thaba batho ba u rorisang ba thabile.+
Ba tsamaea le uena* Jehova ’me oa ba hauhela.
16 Ba lula ba thabile letsatsi lohle ka lebaka la lebitso la hao
Ebile baa phahamisoa ka lebaka la toka ea hao.
19 Ka nako eo, u ile oa bua le batho ba hao ba tšepahalang ponong oa re:
“Ke thusitse ea matla.+
Ke phahamisitse ea khethiloeng har’a batho.+
20 Ke fumane mohlanka oa ka Davida.+
Ke mo tlotsitse ka oli ea ka e halalelang.+
22 Ha ho na sera se tla mo qobella hore a ntše lekhetho*
Ebile ha ho na motho ea sa lokang ea tla mo hatella.+
29 Ke tla etsa hore litloholo* tsa hae li lule li le teng ka ho sa feleng
Le ’muso oa hae o lule o le teng joaloka maholimo.+
30 Haeba bara ba hae ba sa mamele molao oa ka
Ebile ba sa latele litaelo* tsa ka,
31 Ha ba sa mamele melao ea ka
Ba bile ba sa boloke litaelo tsa ka,
32 Ke tla ba shapa ka thupa hobane ba sa mamele,*+
Ke ba shape ka phafa ka lebaka la liphoso tsa bona.
35 Kaha kea halalela, ke ikanne hanngoe feela.
Nke ke ka bolella Davida leshano.+
36 Litloholo* tsa hae li tla ba teng ka ho sa feleng.+
’Muso oa hae o tla lula o le teng joaloka letsatsi ka pel’a ka.+
37 O tla lula o le teng ka ho sa feleng
Feela joalokaha khoeli e lula e le teng* maholimong.” (Selah)
39 U fetohetse selekane seo u neng u se entse le mohlanka oa hao.
U silafalitse korone ea hae ka ho e lahlela fatše.
40 U lihile marako ’ohle a hae a hahiloeng ka majoe.
U sentse libaka tsa hae tse sirelelitsoeng ka thata.
41 Bohle ba fetang ka tsela ba mo nketse thepa.
Baahisani ba hae baa mo nyefola.+
42 U entse hore lira tsa hae li hlole.*+
Oa thabisa lira tsohle tsa hae.
43 Oa etsa le hore sabole ea hae e se ke ea mo tsoela molemo
Ebile ha oa ka oa mo thusa ntoeng.
44 U entse hore a se ke a hlola a hlompheha
Le hore a se ke a hlola a busa.
45 Oa etsa hore a tsofale kapele
Le hore a hlajoe ke lihlong. (Selah)
46 Jehova, u tla iphapanyetsa rona ho fihlela neng? Na e tla ba ka ho sa feleng?+
Na bohale ba hao bo tla lula bo tuka joaloka mollo?
47 Hopola kamoo bophelo ba ka bo leng bokhutšoanyane kateng.+
Na u bopile batho bohle ntle ho lebaka?
48 Na ho na le motho ea phelang ea ke keng a shoa?+
Na a ka lopolla bophelo ba hae hore a se ke a shoa?* (Selah)
49 Jehova, le hokae lerato leo u ileng oa le bontša nakong e fetileng,
Leo u ileng oa ikana ka lona ho Davida hobane u tšepahala?+
50 Jehova, hopola kamoo bahlanka ba hao ba nyefotsoeng kateng,
Kamoo ke mameletseng ho nyefoloa ke lichaba tsohle kateng,
51 Kamoo lira tsa hao li nyefotseng motlotsuoa oa hao kateng, Jehova,
Le kamoo ba mo rohakileng kateng hohle moo a eang.
52 Jehova a ke a rorisoe ka ho sa feleng. Amen le Amen.+
BUKA EA BONE
(Pesaleme ea 90-106)
Thapelo ea Moshe, mohlanka oa Molimo oa ’nete.+
90 Jehova, u bile setšabelo*+ sa rona melokong eohle.
2 Pele lithaba li e-ba teng
Le pele u bopa* lefatše le lintho tsohle tse ho lona,+
Haesale u le Molimo, ha u na qalo ebile ha u na qetello.+
3 U khutlisetsa motho leroleng.
U re: “Khutlang, lona batho.”+
4 Lilemo tse sekete ho uena li tšoana feela le letsatsi la maobane,+
Li joaloka lihora tse seng kae bosiu.
5 Oa ba felisa+ ’me ba nyamela joaloka toro.
Ba joaloka joang bo melang hoseng.+
Lintho tseo re li etsang sephiring, u li bona ka ho hlaka.+
9 Bophelo ba rona* boa fela hobane u re halefetse
Le lilemo tsa rona li fela kapele joaloka phefumoloho.
Empa li tletse mathata le matšoenyeho.
Li feta kapele ebe ha re sa le eo.+
11 Ke mang ea ka utloisisang matla a bohale ba hao?
Khalefo ea hao e kholo, e lekana le tsela eo re lokelang ho u tšaba ka eona.+
13 Re hauhele hape hle Jehova.+ Ho tla lula ho le tjee ho fihlela neng?+
Qenehela bahlanka ba hao.+
14 Re bontše lerato+ esale hoseng,
E le hore re tle re lule re thabile+ ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rona.
15 Re thabise ka matsatsi a lekanang le ao u re hlorisitseng ka ’ona+
Le ka lilemo tse lekanang le tseo re ileng ra sotleha ka tsona.+
16 E se eka bahlanka ba hao ba ka bona mesebetsi ea hao,
Le bara ba bona ba bone matla a hao a maholo.+
U ke u atlehise mosebetsi oa rona.+
91 Mang kapa mang ea lulang sebakeng se patehileng sa Ea Phahameng ka ho Fetisisa+
O tla lula tlas’a moriti oa Ea Matla Ohle.+
2 Ke tla re ho Jehova: “U setšabelo sa ka le sebaka sa ka se sireletsehileng,+
Molimo oa ka eo ke mo tšepileng.”+
3 O tla u pholosa lerabeng la ea tšoasang linonyana,
A u sireletse lefung la seoa.
Botšepehi ba hae+ e tla ba thebe e kholo+ le lerako le sireletsang.
5 U ke ke oa tšoha lintho tse tšosang bosiu+
Kapa motsu o fofang motšehare+
6 Kapa lefu la seoa le hlaselang bosiu
Kapa koluoa e bakang tšenyo motšehare.
7 Batho ba sekete ba tla oa ka lehlakoreng la hao,
Ba likete tse leshome ba oe ka letsohong la hao le letona
Empa uena lintho tsena li ke ke tsa u etsahalla.+
8 U tla li bona feela ka mahlo
Ha u bona ba khopo ba fuoa kotlo.
9 Kaha u itse: “Jehova ke setšabelo sa ka,”
U entse Ea Phahameng ka ho Fetisisa sebaka sa hao sa bolulo.*+
13 U tla hata taoana le noha ea masumu.
U tla hatakela tau e matla le noha e kholo.+
14 Molimo o itse: “Ke tla mo pholosa hobane oa nthata.+
Ke tla mo sireletsa hobane o tseba lebitso la ka.+
15 O tla mpitsa ’me ke tla mo araba.+
Ke tla ba le eena ha a le mahlomoleng.+
Ke tla mo pholosa ke be ke mo tlotlise.
Pesaleme. Pina ea letsatsi la Sabatha.
92 Ke ntho e ntle ho u leboha Jehova+
Le ho binela* lebitso la hao lipina tsa thoriso, uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa
2 Le ho bua ka lerato*+ la hao hoseng
Le botšepehi ba hao bosiu,
3 Ke bina ka seletsa se likhoele tse leshome le ka lute,
Ka molumo o monate oa harepa.+
4 Jehova, u nthabisitse ka lebaka la liketso tsa hao.
Ke hoeletsa ke thabile ka lebaka la mesebetsi ea matsoho a hao.
5 Jehova, mesebetsi ea hao e meholo haholo.+
Menahano ea hao e tebile haholo.+
6 Motho ea se nang kelello a ke ke a e tseba.
Leoatla le ke ke la utloisisa ntho ena:+
7 Leha ba khopo ba mela joaloka joang*
Le bohle ba etsang lintho tse mpe ba atleha,
Ba tla felisoa ka ho sa feleng.+
8 Empa uena Jehova, u lula u phahame ka ho sa feleng.
9 Jehova, bona kamoo lira tsa hao li oeleng kateng,
Bona kamoo lira tsa hao li tla felisoa kateng.
Bohle ba etsang lintho tse mpe ba tla hasana.+
10 Empa u tla eketsa matla* a ka hore a be joaloka a poho e hlaha.
Ke tla tlotsa letlalo la ka ka oli e ncha.+
11 Ke tla thabela ho bona ha lira tsa ka li hloloa,+
Ke utloe ha batho ba khopo ba ntlhaselang ba hloloa.
12 Empa ba lokileng ba tla atleha joaloka lifate tsa lipalema
Ebile ba tla hola joaloka lifate tsa kedare tsa Lebanone.+
13 Ba lenngoe ka tlung ea Jehova.
Ba atleha mabaleng a Molimo oa rona.+
14 Ba tla ’ne ba atlehe leha ba se ba tsofetse.+
Ke Lefika la ka,+ ha ho mohla a etsang ntho e mpe.
O apere botle.
Jehova o apere matla,
O itlamme ka ’ona joaloka lebanta.
Lefatše* le tiisitsoe ka thata,
Le ke ke la sisinngoa.
2 Terone ea hao e ile ea tiisoa ka thata ho tloha khale.+
Haesale u le teng.+
3 Jehova, linoka li tletse,
Li tletse ebile li etsa lerata.
Li ntse li tlala le ho khahlellana.
4 O phahame ho feta molumo oa metsi a mangata,
O moholo ho feta maqhubu a matla a leoatle,+
Jehova o phahame maholimong.+
5 Melao* ea hao e tšepahala haholo.+
Jehova, ntlo ea hao e ntle ebile ea halalela+ ka linako tsohle.
U fe ba ikhohomosang kahlolo e ba tšoanelang.+
3 Jehova, ba khopo ba tla tsoela pele ba thabile ho fihlela neng?+
E tla ba ho fihlela neng?
4 Ba bua ba sa nahane ebile baa ikhohomosa.
Bohle ba etsang lintho tse mpe baa ithorisa.
Molimo oa Jakobo ha a hlokomele se etsahalang.”+
8 Utloisisang sena, lona ba se nang kelello.
Lona maoatla, le tla hlalefa neng?+
9 Na ea entseng* tsebe ha a khone ho utloa?
Na ea entseng leihlo ha a khone ho bona?+
10 Na ea fang lichaba kotlo ha a khone ho khalemela?+
Ke eena ea fang batho tsebo.+
12 Jah, ho thaba motho eo u mo khalemelang,+
Eo u mo rutang molao oa hao+
13 Hore u mo fe khotso matsatsing a tlokotsi,
Ho fihlela ea khopo a chekeloa sekoti.+
15 Kahlolo e tla boela e etsoe ka toka,
Bohle ba lipelo li ntle ba tla e latela.
16 Ke mang ea tla ntoanela ho ba khopo?
Ke mang ea tla mpuella ho ba etsang lintho tse mpe?
20 Ha ho na moo u kopanang teng le babusi* ba khopo
Hobane ba baka mathata ka ho loha mano, ba etsa eka ba latela molao.+
22 Empa Jehova e tla ba setšabelo sa ka se sireletsehileng,*
Molimo oa ka ke lefika la ka leo ke balehelang ho lona.+
23 O tla etsa hore liketso tsa bona tse mpe li khutlele ho bona,+
A etse hore lintho tse mpe tseo ba li etsang li ba felise.
Jehova Molimo oa rona o tla ba felisa.*+
95 Tloong, re hoeletseng Jehova re thabile.
A re hoeletseng ka thabo ’me re rorise Lefika la rona le re pholosang.+
2 A re tleng ka pel’a hae* re mo lebohe.+
A re hoeletseng re thabile ’me re mo binele lithoriso.
4 O laola libaka tse tlase tsa lefatše.
Lithaba tse phahameng ke tsa hae.+
5 Leoatle ke la hae, ke eena ea le entseng.+
O bopile lefatše ka matsoho a hae.+
6 Tloong, re rapele ’me re iname.
A re khumameleng Jehova Moetsi oa rona.+
Haeba le mamela lentsoe la hae kajeno,+
8 Le se ke la ba manganga joaloka baholo-holo ba lona ha ba le Meriba,*+
Ba ile ba nteka le hoja ba bone mesebetsi ea ka.+
10 Ke ile ka nyonya moloko oo ka lilemo tse 40 eaba ke re:
“Ke sechaba se lulang se ntlhanohela ka lipelong tsa sona.
Ha se tsebe litsela tsa ka.”
11 Kahoo, ka ikana ke halefile ka re:
“Ba ke ke ba phomola le ’na.”+
96 Binelang Jehova pina e ncha.+
Binelang Jehova lona bohle ba lefatšeng.+
2 Binelang Jehova, le rorise lebitso la hae.
Letsatsi le letsatsi le bolele litaba tse monate tsa kamoo a pholosang kateng.+
4 Jehova o moholo ’me o tšoaneloa ke ho rorisoa haholo.
O lokela ho tšajoa ho feta melimo e meng kaofela.
6 O pota-potiloe ke khanya le bokhabane.*+
Matla le botle li sehalalelong sa hae.+
8 Rorisang Jehova hobane lebitso la hae le tšoaneloa ke thoriso.+
Tlisang mpho ’me le kene mabaleng a hae.
9 Inamelang* Jehova le apere liaparo tse halalelang.*
Le thothomele ka pel’a hae, lona bohle ba lefatšeng.
10 E-reng ho lichaba: “Jehova ke Morena.+
Lefatše le tiisitsoe ka thata ebile le ke ke la suthisoa.*
O tla ahlola* lichaba ka toka.”+
11 Maholimo a ke a thabe le lefatše le ke le thabe.
Leoatle le tsohle tse ho lona li ke li hoeletse li thabile.+
12 Masimo le tsohle tse ho ’ona li ke li thabe.+
Ka nako e tšoanang lifate tsohle tsa moru li ke li hoeletse li thabile+
13 Ka pel’a Jehova hobane oa tla,*
O tl’o ahlola lefatše.
Lefatše le ke le thabe.+
Lihlekehleke tse ngata li ke li nyakalle.+
2 O pota-potiloe ke maru le lefifi le letšo-letšo.+
Ho loka le toka ke motheo oa terone ea hae.+
4 Lehalima la hae le khantša naha.
Lefatše lea thothomela ha le le bona.+
5 Lithaba li qhibiliha joaloka mafura ka pel’a Jehova,+
Li qhibiliha ka pel’a Morena oa lefatše lohle.
7 Bohle ba rapelang litšoantšo ba ke ba hlajoe ke lihlong+
Le ba ithorisang ka melimo ea bona e se nang thuso.+
Melimo eohle e ke e mo khumamele.*+
8 Sione e utloile hore Jehova o hlotse eaba ea thaba.+
9 Jehova, ke uena Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.
U phahame ho feta melimo e meng eohle.+
10 Lona ba ratang Jehova, hloeang lintho tse mpe.+
O sireletsa batho ba hae ba mo tšepahallang.+
O ba pholosa ho ba khopo.+
Pina.
O re pholositse* ka letsoho la hae le letona le halalelang.+
2 Jehova o tsebisitse batho hore oa pholosa.+
O bontšitse lichaba hore ke Molimo ea lokileng.+
3 O hopotse tšepiso ea hae ea hore o tla rata Baiseraele le ho ba tšepahalla.+
Lefatše lohle le bone hore Molimo oa rona oa pholosa.*+
4 Hoeletsang le thabile ’me le rorise Jehova lona bohle ba lefatšeng.
Thabang le hoeletse le thabile ’me le bine lithoriso.+
5 Binelang Jehova lithoriso ka harepa,
Ka harepa le ka pina e monate.
7 Leoatle le tsohle tse ho lona li ke li hoeletse li thabile
Hammoho le lefatše le ba lulang ho lona.
8 Linoka li ke li ope liatla.
99 Jehova ke Morena.+ Lichaba li ke li thothomele.
O lutse teroneng holim’a* likerubime.+ Lefatše le ke le reketle.
4 Ke morena ea matla ea ratang toka.+
O etsa bonnete ba hore ho etsoa lintho tse nepahetseng kamehla.
O tliselitse Jakobo toka le ho loka.+
5 Rorisang Jehova Molimo+ oa rona ’me le khumame* ka pel’a setuloana sa maoto a hae.+
Oa halalela.+
6 Moshe le Arone e ne e le ba bang ba baprista ba hae,+
Samuele e le e mong oa ba rapelang Molimo ka lebitso la hae.+
Ba ne ba bitsa Jehova,
O ne a ba araba.+
7 O ne a bua le bona a le lerung.*+
Ba ile ba mo mamela ha a ba lemosa le ha a ba fa litaelo.+
8 Jehova Molimo oa rona, u ile oa ba araba.+
9 Rorisang Jehova Molimo oa rona,+
Le khumame* ka pel’a thaba ea hae e halalelang+
Hobane Jehova Molimo oa rona oa halalela.+
Pina ea liteboho.
100 Batho bohle ba lefatšeng ba ke ba rorise Jehova ba thabile.+
2 Sebeletsang Jehova le thabile.+
Emang ka pel’a hae le nyakaletse.
3 Tsebang hore Jehova ke Molimo.+
Mo leboheng hape le rorise lebitso la hae.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla
Ebile o lula a tšepahala melokong eohle.+
Pesaleme ea Davida. Pina.
101 Ke tla bina pina e buang ka lerato le toka.
Jehova, ke tla u binela* lipina tsa thoriso.
2 Ke etse lintho ka bohlale ’me ke tšepahale.*
U tla nthusa neng?
Ke tla u tšepahalla+ leha ke lutse ka tlung ea ka.
3 Nke ke ka sheba lintho tse se nang thuso.*
Ke hloile liketso tsa batho ba etsang lintho tse mpe.+
Ke tla tsamaella hole le bona.*
4 Ha ke utloane le batho ba bolotsana.
Nke ke ka etsa lintho tse mpe.
Nke ke ka mamella mang kapa mang ea ikhohomosang le ea ikhantšang.
6 Ke tla amohela batho ba tšepahalang lefatšeng,
E le hore ba lule le ’na.
Ea se nang molato* o tla ntšebeletsa.
7 Ha ho na motho ea leshano ea tla lula ka tlung ea ka.
Ea leshano a ke ke a ema ka pel’a ka.*
8 Hoseng ho hong le ho hong ke tla tholisa* batho bohle ba khopo lefatšeng
E le hore ke felise bohle ba etsang lintho tse mpe motseng oa Jehova.+
Thapelo ea motho ea mahlomoleng ha a nyahame* ’me a bolella Jehova lintho tse mo tšoenyang.+
102 Jehova, utloa thapelo ea ka hle.+
E se eka u ka utloa sello sa ka.+
2 U se ke oa ntahla ha ke e-na le mathata.+
’Mamele.*
U nkarabe kapele ha ke llela ho uena.+
3 Bophelo ba ka bo fela kapele joalokaha mosi o nyamela,
Masapo a ka a a cha joalokaha eka a ka ontong.+
4 Pelo ea ka e joaloka joang bo chesitsoeng ke letsatsi ’me e omeletse+
Ebile ha ke sa na takatso ea lijo.
6 Ke mong joaloka letata la naheng.
Ke joaloka sephooko* se senyenyane har’a mehaho e senyehileng.
Ke joaloka nonyana e lutseng e le ’ngoe marulelong.+
8 Lira tsa ka li ’nyefola letsatsi lohle.+
Ba ntšehang* ba sebelisa lebitso la ka ho rohaka ba bang.
9 Molora e se e bile e le lijo tsa ka,+
Le lintho tseo ke li noang li kopane le likhapha,+
10 Kaha u mphahamisitse e le hore u ntahle.
Hobane u halefile haholo.
12 Empa Jehova, u lula u le teng ka ho sa feleng.+
U tla lula u tsebahala* melokong eohle.+
Nako eo u e behileng e fihlile.+
17 O tla mamela lithapelo tsa batho ba hlophehileng.+
A ke ke a khella lithapelo tsa bona fatše.+
19 Jehova o shebile tlase a le sebakeng sa hae se phahameng se halalelang.+
O shebile lefatše a le leholimong
20 Hore a utloe sello sa motšoaruoa+
Le hore a lokolle ba ahloletsoeng lefu+
21 E le hore lebitso la Jehova le ka phatlalatsoa Sione+
A be a rorisoe Jerusalema.
23 O entse hore matla a ka a fele ke sa le mocha.
O khutsufalitse bophelo ba ka.
24 Ke ile ka re: “Molimo oa ka,
U se ke oa mphelisa ke e-s’o tsofale.
U Molimo ea tla lula a le teng ka ho sa feleng.+
26 Li tla fela empa uena u tla lula u le teng.
Kaofela li tla tsofala joaloka seaparo.
U tla li lahla joaloka liaparo tsa khale ’me u tlise tse ling.
27 Empa uena ha u fetohe ebile u tla lula u le teng.+
28 Bana ba bahlanka ba hao ba tla lula ba sireletsehile
Pesaleme ea Davida.
103 Ke tla rorisa Jehova,
Ke rorise lebitso la hae le halalelang ka pelo ea ka eohle.
2 Ke tla rorisa Jehova.
E se eka le ka mohla nke ke ka lebala lintho tsohle tseo a li entseng.+
4 O pholosa bophelo ba hae lebitleng.*+
O pota-potiloe ke lerako le mohau oa hae.+
5 O mo fa lintho tse mo khotsofatsang+ bophelo bohle ba hae
Hore a lule a le mocha a bile a e-na le matla joaloka ntsu.+
10 Ha a re fe kotlo e re tšoanelang ho latela libe tsa rona+
Ebile ha a re fe moputso o re tšoanelang ho latela liphoso tsa rona.+
12 Feela joalokaha bochabela bo le hole le bophirimela,
Ka ho tšoanang o suthiselitse liphoso tsa rona hole le rona.+
15 Motho o shoa kapele joaloka joang.+
O thunya joaloka palesa ea naheng.+
17 Empa Jehova o rata ba mo tšabang+
Ka lerato le sa feleng
Le litloholo tsa bona o tla li tšoara ka tsela e lokileng,+
18 O etsa joalo ho ba bolokang selekane sa hae+
Le ho ba ikemiselitseng ho latela litaelo tsa hae.
19 Jehova o tiisitse terone ea hae maholimong.+
Ebile o busa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+
22 Rorisang Jehova hohle moo a busang teng,
Lona mesebetsi eohle ea hae.
E se eka nka rorisa Jehova ka pelo eohle ea ka.
Jehova Molimo oa ka, o moholo haholo.+
O apere khanya* le ho hlompheha.+
2 O apere leseli+ joalokaha eka ke seaparo.
O otlolla maholimo joaloka lesela la tente.+
3 O haha likamore tsa hae tse ka holimo holim’a maru.*+
4 O etsa hore mangeloi a hae a be matla.*
O etsa hore basebeletsi ba hae e be mollo o timetsang.+
5 O tiisitse lefatše metheong ea lona.+
Le ka mohla le ke ke la suthisoa sebakeng sa lona* ka ho sa feleng.+
6 O le koahetse ka metsi a tebileng joalokaha eka ke ka seaparo.+
Metsi ao a ile a koahela lithaba.
7 A ile a baleha ha u a khalemela.+
A baleha a tšohile ha a utloa molumo oa sealuma sa hao,
8 A ea sebakeng sa ’ona seo u se lokisitseng.
Lithaba tsa nyoloha+ ’me likhohlo tsa theoha.
10 O romela liliba likhohlong.*
Li phalla har’a lithaba.
11 Libata tsohle tsa naha li fumana metsi ho tsona
Le litonki tsa naha tse nyoriloeng li noa metsi ho tsona.
12 Linonyana li haha lihlaha tsa tsona lifateng tse haufi le metsi ao.
Li bina li le har’a makhasi a teteaneng.
13 O nosetsa lithaba a le likamoreng tsa hae tse holimo.+
Lefatše le tletse litholoana tsa mesebetsi ea hao.+
14 O melisetsa likhomo joang,
O melisetsa le batho lijalo hore li ba tsoele molemo+
Ho lema lijo lefatšeng:
15 Veine e thabisang pelo ea motho,+
Oli e etsang hore sefahleho se be boreleli
Le bohobe bo etsang hore motho a be matla.+
16 Lifate tsa Jehova li noselitsoe hantle,
Lifate tsa kedare tsa Lebanone tseo a li lemmeng,
17 Moo linonyana li etsang lihlaha.
Mokotatsie+ o lula lifateng tsa junipere.
18 Lipoli tsa thaba li lula lithabeng tse phahameng.+
Lipela li balehela mafikeng.+
19 O entse hore khoeli e tšoaee linako tsa selemo.
Letsatsi le tseba hantle hore na le likela neng.+
20 O etsa hore ho be lefifi ’me e ba bosiu+
E leng nako eo liphoofolo tse hlaha tse lulang morung li sollang ka eona.
22 Ha letsatsi le chaba,
Lia khutla ebe li botha moo li lulang teng.
23 Motho o ea mosebetsing
Ebe o sebetsa ho fihlela bosiu.
24 Jehova, lintho tseo u li entseng li ngata haholo.+
Kaofela ha tsona u li entse ka bohlale.+
Lefatše le tletse lintho tseo u li entseng.
25 Leoatle le leholo ebile le pharaletse,
Le tletse lintho tse ngata tse phelang, tse kholo le tse nyenyane.+
28 Li ja lintho tseo u li fang tsona.+
Li thabela lintho tse molemo tseo u li fang tsona.*+
29 Ha u li furalla, lia khathatseha.
Ha u nka matla a tsona a bophelo,* lia shoa ebe li khutlela leroleng.+
30 Ha u romela moea oa hao o halalelang, lia boptjoa.+
U nchafatsa lefatše.
31 Khanya ea Jehova e tla lula e le teng.
Jehova o tla thabela mesebetsi ea hae.+
32 O sheba lefatše ebe lea thothomela.
O ama lithaba ebe li kubella mosi.+
33 Ke tla binela Jehova+ bophelo bohle ba ka.
Ke tla binela Molimo oa ka lithoriso hafeela ke ntse ke phela.+
34 Lintho tseo ke li nahanang li ke li mo khahlise.*
Ke tla thaba ka lebaka la Jehova.
Ke tla rorisa Jehova. Rorisang Jah!*
3 Ithoriseng ka lebitso la hae le halalelang.+
Lipelo tsa ba batlang Jehova li ke li thabe.+
4 Batlang Jehova+ le mo kope hore a le fe matla a hae.
Le mo kope kamehla hore a le thuse.
5 Hopolang lintho tse hlollang tseo a li entseng,
Mehlolo ea hae le likahlolo tseo a faneng ka tsona,+
6 Lona bana* ba Abrahama mohlanka oa hae,+
Lona bara ba Jakobo bao a ba khethileng.+
O ahlola lefatše lohle.+
8 O hopola selekane sa hae ka ho sa feleng,+
Tšepiso eo a e entseng* ho meloko e sekete,+
9 Selekane seo a se entseng le Abrahama+
Le kano eo a e entseng ho Isaka,+
10 Eo a faneng ka eona e le molao ho Jakobo
Hape e le selekane se tla lula se le teng ho Iseraele,
11 A re, “Ke tla le fa naha ea Kanana+
E le lefa leo le le abetsoeng.”+
12 Sena se etsahetse ha ba ne ba fokola ka palo,+
Ba fokola haholo ka palo ’me e le balichaba naheng eo.+
13 Ba ne ba tsamaea ba tloha sechabeng se seng ho ea ho se seng,
Ba tloha ’musong o mong ho ea ho batho ba bang.+
14 Ha aa ka a lumella motho leha e le ofe ho ba hatella+
Empa o ile a khalemela marena ka lebaka la bona,+
15 A re, “Le se ke la thetsa batlotsuoa ba ka,
Le se ke la etsa letho le lebe ho baprofeta ba ka.”+
16 O ile a etsa hore ho be le tlala lefatšeng.+
A felisa lijo* tsohle tsa bona.*
19 Lintho tseo Jehova a li buileng li ile tsa etsa hore e be motho ea molemo,*+
Ho fihlela se builoeng se phethahala.
21 A mo etsa mookameli oa ba ntlo ea hae,
Le ’musi oa thepa eohle ea hae,+
22 Hore a laole* likhosana tsa hae ho ea kamoo a ratang kateng
Le hore a rute baholo ba hae hore ba be bohlale.+
24 Molimo a atisa sechaba sa hae haholo.+
A etsa hore se be matla ho feta lira tsa sona.+
28 A romela lefifi ’me ha e-ba hotšo naheng.+
Ba ile ba mamela seo a se buileng.
35 Tsa ja limela tsohle tsa naha,
Le lintho tsohle tseo ba li lemmeng.
37 A etsa hore sechaba sa hae se tsamaee ka silevera le khauta.+
Ha ho na ea ileng a khoptjoa melokong eohle ea hae.
40 Ha ba kopa nama, o ile a ba tlisetsa likoekoe.*+
A ’na a ba fa bohobe bo tsoang leholimong hore ba khotsofale.+
41 A bula lefika ’me metsi a phalla.+
A phalla lehoatateng joaloka noka.+
42 O ile a hopola tšepiso ea hae e halalelang, eo a ileng a e tšepisa mohlanka oa hae Abrahama.+
44 O ile a ba fa linaha tsa lichaba tse ling.+
Lintho tseo batho ba bang ba li sebelelitseng ka thata e ile ea e-ba lefa la bona+
45 Hore ba tle ba mamele litaelo tsa hae+
Le hore ba mamele melao ea hae.
Rorisang Jah!*
Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.+
2 Ke mang ea ka phatlalatsang mesebetsi eohle ea Jehova e matla
Kapa a bue ka liketso tsohle tsa hae tse tšoaneloang ke ho rorisoa?+
4 U nkhopole hle Jehova, ha u bontša batho ba hao mosa.+
U ntlhokomele ’me u mpholose
5 E le hore ke tle ke thabele lintho tse molemo tseo u li etsetsang bao u ba khethileng+
Le hore ke thabe le sechaba sa hao,
Ke tle ke u rorise ke le motlotlo* le batho bao e leng lefa la hao.
6 Re entse sebe feela joaloka baholo-holo ba rona.+
Re fositse ebile re entse lintho tse khopo.+
7 Ha baholo-holo ba rona ba le Egepeta, ha baa ka ba ananela* lintho tse hlollang tseo u ileng oa ba etsetsa tsona.
Ba ile ba lebala hore u ba rata haholo
Eaba ba u fetohela ha ba le Leoatleng le Lefubelu.+
9 A khalemela Leoatle le Lefubelu ’me la psha.
A ba fetisa botebong ba lona joalokaha eka o ba fetisa lehoatateng.*+
11 Lira tsa bona tsa koaheloa ke metsi.
Ha ho le ea mong oa tsona ea ileng a phonyoha.*+
13 Empa ba ile ba lebala kapele seo a se entseng.+
Ha baa ka ba emela hore a ba bolelle seo ba lokelang ho se etsa.
18 Mollo oa tuka sehlopheng sa bona.
Lelakabe la chesa ba khopo.+
21 Ba lebala Molimo,+ Mopholosi oa bona,
Ea ileng a ba etsetsa lintho tse kholo Egepeta,+
22 A ba etsetsa lintho tse hlollang naheng ea Kama+
Le lintho tse tšosang Leoatleng le Lefubelu.+
23 O ne a le haufi le ho laela hore ba felisoe
Empa Moshe eo a mo khethileng,
A mo kopa hore a se ke a halefa ’me a ba felisa.+
24 Ba ile ba nyatsa naha e ntle.+
Ba ne ba sa lumele tšepiso ea hae.+
25 Ba ’na ba korotla litenteng tsa bona.+
Ha ba aa ka ba mamela Jehova.+
26 O ile a phahamisa letsoho, a ikana
Hore o tla ba felisa lefeelleng,+
27 A felise le litloholo tsa bona har’a lichaba
Le hore o tla ba hasanya linaheng tsohle.+
32 Ba ile ba halefisa Molimo metsing a Meriba*
Eaba lintho li tsamaela Moshe hampe ka lebaka la bona.+
38 Ba ’na ba bolaea batho ba se nang molato,+
Ba bolaea bara le barali ba bona
Ka ho etsetsa litšoantšo tsa Kanana mahlabelo ka bona.+
Ba silafatsa naha ka ho tšolla mali.
39 Ba itšilafatsa ka lintho tseo ba neng ba li etsa.
Ha ba aa ka ba tšepahalla Molimo* ka liketso tsa bona.+
40 Jehova a halefela sechaba sa hae,
A hloea batho ba hae.
42 Lira tsa bona li ne li ba hatella
Li bile li ba laola.
43 O ne a ba pholosa ka makhetlo a mangata+
Empa ba ne ba mo fetohela ’me ba sa mo mamele+
Ebe baa tlotlolleha ka lebaka la liphoso tsa bona.+
45 O ne a hopola selekane sa hae seo a se entseng le bona,
47 Re pholose, Jehova Molimo oa rona.+
U re phuthe lichabeng+
E le hore re ka rorisa lebitso la hao le halalelang
Re be re u rorise re thabile.+
BUKA EA BOHLANO
(Pesaleme ea 107-150)
107 Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.+
2 E se eka ba pholositsoeng* ke Jehova ba ka cho joalo,
Bao a ba pholositseng ho lira tsa bona,+
3 Bao a ba phuthileng ho tsoa lichabeng,+
Ho tsoa bochabela le bophirimela,
Ho tsoa leboea le boroa.+
4 Ba ile ba solla lefeelleng, lehoatateng.
Ba ne ba sa fumane tsela e eang motseng oo ba ka lulang ho oona.
5 Ba ne ba lapile ba bile ba nyoriloe,
Ba se na matla ka lebaka la mokhathala.
8 Batho ba ke ba lebohe Jehova+ ka lebaka la lerato* la hae
Le ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.+
10 Ba bang ba ne ba lula lefifing le letšo-letšo,
E le batšoaruoa ba mahlomoleng, ba tlanngoeng ka litšepe.
12 A ba kokobetsa ka ho ba tlohela hore ba sotlehe.+
Ba ile ba oa* ’me ho ne ho se na ea ba thusang.
13 Ba ile ba kopa thuso ho Jehova ha ba le mathateng,
A ba pholosa litsietsing tsa bona.
15 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato* la hae+
Le ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.
18 Ba felloa ke takatso ea lijo.
Ba ne ba le haufi le ho shoa.*
19 Ba ne ba kopa thuso ho Jehova ha ba le mathateng
’Me o ne a ba pholosa litsietsing tsa bona.
O ne a ba pholosa hore ba se ke ba shoa.
21 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato la hae
Le ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.
23 Batho ba tsamaeang leoatleng ka likepe,
Ba rekisang metsing a mangata,+
24 Ba bone mesebetsi ea Jehova
Le lintho tse ntle tseo a li bopileng leoatleng.+
26 Maqhubu a leoatle a ba nyollela holimo
Ebe ba theohela tlase hape botebong ba leoatle.
Baa tšoha ha ba bona tlokotsi e tlang e ba lebile.
30 Ha maqhubu ao a thola, baa thaba
’Me o ba isa sebakeng seo ba se ratang moo ho emang likepe.
31 Batho ba ke ba lebohe Jehova ka lebaka la lerato la hae
Le ka lebaka la lintho tse ntle tseo a li etselitseng batho.+
34 O fetola naha e hlahisang lijalo hore e be naha e sa beheng*+
Ka lebaka la bokhopo ba batho ba lulang moo.
35 O fetola lehoatata hore e be matamo a nang le lehlaka,
Le naha e ommeng o e fetola liliba tsa metsi.+
38 Oa ba hlohonolofatsa ’me ba ba bangata haholo.
Ha a lumelle hore likhomo tsa bona li fokotsehe.+
39 Leha ho le joalo, ba fokotseha hape ebe baa tlotlolleha
Ka lebaka la litlokotsi, ho hatelloa le mesarelo.
41 Empa o sireletsa* ba futsanehileng hore ba se ke ba hatelloa+
’Me o eketsa ba malapa a bona hore ba be bangata joaloka mohlape.
42 Ba lokileng ba bona sena ebe baa thaba.+
Empa bohle ba sa lokang ba koetse melomo.+
43 Ea bohlale o tla hlokomela lintho tsena+
A be a nahanisise ka liketso tsa Jehova tse bontšang hore o rata batho.+
Pina. Pesaleme ea Davida.
2 Tsoha, uena seletsa se likhoele, le uena harepa.+
Ke tla tsoha ka meso.
3 Jehova, ke tla u rorisa har’a batho.
Ke tla u binela* lipina tsa thoriso har’a lichaba.
5 Molimo, bontša boholo ba hao maholimong.
E se eka khanya ea hao e ka ba lefatšeng lohle.+
6 Re pholose ka letsoho la hao le letona ’me u nkarabe
E le hore bahlanka ba hao bao u ba ratang ba ka pholosoa.+
7 Molimo o buile a le khalalelong ea hae* a re:
Juda ke lere la ka la bolaoli.+
9 Moabe ke sekotlolo seo ke hlatsoetsang ho sona.+
Ke tla lahlela seeta* sa ka holim’a Edomo.+
Ke tla hoeletsa ke thabile hobane ke hlotse Filistia.”+
10 Ke mang ea tla ntlisa motseng o sirelelitsoeng ka thata?
Ke mang ea tla etsa hore ke fihle Edomo?+
11 Na ha se uena Molimo oa ka?
Empa joale u re lahlile. Molimo oa rona ha u sa tsamaea le rona.+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina.
109 Molimo eo ke mo rorisang,+ u se ke oa thola feela
2 Hobane batho ba khopo le ba leshano ba bua hampe ka ’na.
Ba bua leshano ka ’na.+
4 Leha ke ba bontša hore kea ba rata, baa nqosa.+
Empa ke ntse ke rapela.
6 E se eka sera sa ka se ka ahloloa ke motho ea khopo.
Mohanyetsi* a ke a eme ka letsohong la hae le letona.
7 A ke a fumanoe a le molato* ha a ahloloa.
E se eka le thapelo ea hae e ka nkuoa e le sebe.+
8 A ke a phele nako e khutšoanyane.+
Mosebetsi oa hae oa ho ba molebeli o ke o nkoe ke motho e mong.+
11 Motho ea mo kolotiselitseng a ke a mo nkele tsohle,
Le balichaba ba ke ba inkele thepa ea hae.
12 E se eka ho ke ke ha e-ba le motho ea bang mosa ho eena*
Kapa ea hauhelang bana ba hae ba setseng e le likhutsana.*
13 Litloholo tsa hae li ke li felisoe.+
Mabitso a tsona a ke a hlakoloe molokong o tlang.
15 E se eka Jehova a ka lula a hopola lintho tseo ba li entseng.
A etse hore ba se ke ba hlola ba hopoloa lefatšeng.+
16 Motho eo ha aa ka a ba mosa*+ ho ba bang
Empa o ile a ’na a lelekisa ba hateletsoeng,+ ba futsanehileng
Le ba utloileng bohloko hore a ba bolaee.+
17 O ne a rata ho rohaka batho empa lintho tseo li etsahaletse eena.
O ne a sa rate ho hlohonolofatsa. Kahoo, le eena ha aa ka a hlohonolofatsoa.
18 O ne a apere lithohako joalokaha eka ke seaparo sa hae.
Tsa tšeloa ’meleng oa hae joaloka metsi
Le masapong a hae joaloka oli.
19 E se eka lithohako tsa hae li ka ba joaloka seaparo seo a ithatelang ka sona,+
Li be joaloka lebanta leo a lulang a le tlamme.
Mpholose hobane u lerato* haholo.+
22 Ha ke na matla ebile ke futsanehile.+
Pelo ea ka e utloile bohloko haholo.+
23 Bophelo ba ka bo bokhutšoanyane joaloka moriti o nyamelang.
Ke tšoana le tsie e hlohloriloeng seaparong.
24 Mangole a ka aa khoehla ke ho itima lijo.
Ke mosesaane ebile ke otile.*
Ha ba mpona ba sisinya lihlooho.+
26 Nthuse hle, Jehova Molimo oa ka.
Mpholose hobane oa nthata.
27 E se eka ba ka tseba
Hore ke uena Jehova ea mpholositseng.
28 E se eka ha ba nthohaka, uena u ka ntlhohonolofatsa.
Ha ba ntlhasela, ba ke ba hlajoe ke lihlong
Empa e se eka ’na mohlanka oa hao nka thaba.
29 E se eka ba nqosang ba ka tlotlolleha.
E se eka ba ka apareloa ke lihlong joalokaha eka ke seaparo se selelele.*+
30 Ke tla rorisa Jehova ka pelo ea ka eohle.
Ke tla mo rorisa ka pel’a batho ba bangata.+
Pesaleme ea Davida. Pina.
110 Jehova o itse ho Moren’a ka:
2 Jehova o tla otlolla lere la hao la borena* e le hore u se ke oa busa Sione feela, o tla re:
3 Batho ba hao ba tla ithaopa letsatsing leo u etellang pele masole a hao ho ea ntoeng.
Sehlopha sa bahlankana ba hao se joaloka marotholi a phoka a bang teng mesong.*
Ba shebahala ba le batle ba bile ba halalela.
4 Jehova o ikanne ’me a ke ke a fetola maikutlo a hae,* o itse:
5 Jehova o tla ba ka letsohong la hao le letona.+
O tla silakanya marena letsatsing la khalefo ea hae.+
O tla silakanya moeta-pele* oa naha e kholo.*
7 O* tla noa metsi a nokana e ka thoko ho tsela.
Ka mor’a moo, o tla thaba hobane a hlotse.
א [Aleph]
Ke tla rorisa Jehova ka pelo ea ka eohle+
ב [Beth]
Har’a sehlopha sa batho ba lokileng le phuthehong.
ג [Gimel]
2 Mesebetsi ea Jehova e meholo.+
ד [Daleth]
Bohle ba e ratang ba nahanisisa ka eona.+
ה [He]
3 Lintho tseo a li entseng li ntle ’me lia halalela
ו [Waw]
Ebile o bontša toka ka ho sa feleng.+
ז [Zayin]
4 O etsa hore mesebetsi ea hae e hlollang e hopoloe.+
ח [Heth]
Jehova o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko.*+
ט [Teth]
י [Yod]
O hopola selekane sa hae ka ho sa feleng.+
כ [Kaph]
6 O bontšitse batho ba hae mesebetsi ea hae e matla
ל [Lamed]
Ka ho ba fa lefa la lichaba.+
מ [Mem]
7 Mesebetsi ea matsoho a hae e bonahatsa toka le ’nete.+
נ [Nun]
Litaelo tsohle tsa hae lia tšepahala.+
ס [Samekh]
8 Re ka li tšepa* kamehla, hona joale le ka ho sa feleng.
ע [Ayin]
Li entsoe ka ’nete le toka.+
פ [Pe]
צ [Tsade]
O laetse hore selekane sa hae se lule se le teng ka ho sa feleng.
ק [Qoph]
Lebitso la hae lea halalela ebile lea tšosa.+
ר [Resh]
10 Mohato oa pele oa ho fumana bohlale* ke ho tšaba Jehova.+
ש [Sin]
Bohle ba mamelang litaelo tsa hae baa bontša hore ba na le temoho.+
ת [Taw]
O lokela ho rorisoa ka ho sa feleng.
א [Aleph]
ג [Gimel]
2 Litloholo tsa hae li tla ba matla lefatšeng
ד [Daleth]
Le moloko oa batho ba lokileng o tla hlohonolofatsoa.+
ה [He]
ז [Zayin]
4 Ho batho ba lokileng o joaloka khanya lefifing.+
ח [Heth]
O na le kutloelo-bohloko,* o mohau+ ebile o lokile.
ט [Teth]
5 Motho ea alimanang haholo,* lintho li mo tsamaela hantle.+
י [Yod]
O etsa lintho tsohle ka toka.
כ [Kaph]
ל [Lamed]
Motho ea lokileng o tla lula a hopoloa.+
מ [Mem]
7 A ke ke a tšosoa ke litaba tse bohloko.+
נ [Nun]
Oa tšepahala ’me o lula a tšepile Jehova.+
ס [Samekh]
8 O itšetlehile ka Molimo,* ha a tšabe letho.+
ע [Ayin]
Qetellong o tla bona ha lira tsa hae li hloloa.+
פ [Pe]
9 O fane ka lintho tseo a nang le tsona ka pelo eohle. O li file bafutsana.+
צ [Tsade]
Liketso tsa hae tse lokileng li ke ke tsa lebaloa.+
ק [Qoph]
Matla a hae a tla eketseha* ’me o tla hlompheha.
ר [Resh]
10 Ea khopo o tla bona seo ’me a halefe.
ש [Shin]
O tla nyahama, a fokole ebe oa shoa.
ת [Taw]
Lintho tseo a li lakatsang li tla fella moeeng.+
Lona bahlanka ba Jehova mo roriseng,
Rorisang lebitso la Jehova.
4 Jehova o phahametse lichaba tsohle.+
O khanya ho feta maholimo.+
6 O inamela tlase hore a shebe leholimo le lefatše.+
7 O phahamisa ea tlase leroleng.
O phahamisa ea futsanehileng thotobolong*+
8 A mo lulise le bahlomphehi,
Bahlomphehi ba sechaba sa hae.
9 O fa mosali ea sa khoneng ho ba le bana lehae,
Rorisang Jah!*
114 Ha Baiseraele ba tsoa Egepeta,+
Ha ba lelapa la Jakobo ba tsoa sechabeng se neng se bua puo e ’ngoe,
2 Juda e ile ea e-ba sebaka sa Molimo se halalelang,*
Iseraele ea e-ba sebaka seo a se busang.+
3 Leoatle le ile la bona ha batho ba tla eaba le aroha ka lehare,+
Jordane eona ea khaotsa ho phalla.+
5 Leoatle, ke hobane’ng ha u ile oa aroha ka lehare?+
Jordane, ke hobane’ng ha u ile oa khaotsa ho phalla?+
6 Ke hobane’ng ha lithaba li ile tsa tlola-tlola joaloka liramo
Le maralla a tlola-tlola joaloka likonyana?
7 E se eka lefatše le ka thothomela ka lebaka la Morena
E leng Molimo oa Jakobo,+
8 Ea fetolang lefika hore e be letamo la metsi*
Le ea ileng a etsa hore metsi a mangata a tsoe lefikeng le thata.+
115 Ha re tšoaneloe ke letho Jehova, ho hang ha re tšoaneloe ke letho.
2 Ke hobane’ng ha lichaba li re:
“Molimo oa bona o hokae?”+
3 Molimo oa rona o leholimong.
O etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa.
5 Li na le melomo empa ha li bue.+
Li na le mahlo empa ha li bone.
6 Li na le litsebe empa ha li utloe.
Li na le linko empa ha li fofonele.
7 Li na le matsoho empa ha li tšoare.
Li na le maoto empa ha li tsamaee.+
Ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona.+
12 Jehova oa re hopola ebile o tla re hlohonolofatsa.
O tla hlohonolofatsa litloholo tsa Iseraele,+
A hlohonolofatse litloholo tsa Arone.
13 O tla hlohonolofatsa ba tšabang Jehova,
A hlohonolofatse ba banyenyane le ba baholo.
17 Bafu ha ba rorise Jah.
Le bohle ba mabitleng* ha ba mo rorise.+
18 Empa re tla rorisa Jah
Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
Rorisang Jah!*
Ke tla llela ho eena ha feela ke ntse ke phela.*
3 Liropo tsa lefu li ne li nthatetse.
Ke ne ke utloa eka ke haufi le ho theohela Lebitleng.*+
Ke ne ke tšoenyehile ebile ke saretsoe haholo+
5 Jehova o na le kutloelo-bohloko* ebile o lokile.+
Molimo oa rona o mohau.+
6 Jehova o sireletsa ba se nang boiphihlelo.+
Ke ne ke feletsoe ke matla eaba oa mpholosa.
7 E se eka nka phomola hape
Hobane Jehova o bile mosa ho ’na.
9 Ke tla tsamaea ka pel’a Jehova ha ke ntse ke phela.
11 Ke ile ka tšoha ka re:
“Batho bohle ba leshano.”+
12 Ke tla patala Jehova ka eng
Bakeng sa lintho tsohle tse molemo tseo a nketselitseng tsona?
13 Ke tla amohela kopi ea poloko hore ke mo lebohe,
Ke tla bitsa lebitso la Jehova.
16 Kea u kopa hle Jehova
Kaha ke mohlanka oa hao.
Ke mohlanka oa hao, mora oa lekhoba la hao la mosali.
U ntopolotse litlamong tseo ke neng ke le ho tsona.+
17 Ke tla u etsetsa sehlabelo sa ho u leboha.+
Ke tla bitsa lebitso la Jehova.
18 Ke tla phetha likano tsa ka ho Jehova+
Ka pel’a batho bohle ba hae,+
19 Mabaleng a ntlo ea Jehova,+
Motseng oa Jerusalema.
117 Rorisang Jehova lona lichaba tsohle.+
Batho* bohle ba ke ba mo tlotlise+
Jehova o lula a tšepahala.+
118 Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.
2 Baiseraele ba ke ba re:
“Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”
3 Litloholo tsa Arone li ke li re:
“Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”
4 Ba tšabang Jehova ba ke ba re:
“Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”
5 Ke ile ka bitsa Jah* ha ke tšoenyehile.
Jah o ile a nkaraba, a ntlisa sebakeng se sireletsehileng.*+
6 Nke ke ka tšoha letho hobane Jehova o ka lehlakoreng la ka.+
Motho a ka nketsa’ng?+
7 Jehova o ka lehlakoreng la ka ebile ke mothusi oa ka.*+
Ke tla bona ha ba ntlhoileng ba hloloa.+
12 Tsa mpota-pota joaloka linotši
Empa tsa felisoa kapele joaloka meutloa e chesoang ke mollo.
Ke ile ka li leleka+
Ka lebitso la Jehova.
Letsoho le letona la Jehova le bontša matla a hae.+
16 Letsoho le letona la Jehova le hlotse.
Letsoho le letona la Jehova le bontša matla a hae.+
19 Mpulele likeiti tsa moo ba lokileng ba kenang teng.+
Ke tla kena ho tsona, ke rorise Jah.
20 Ena ke keiti ea Jehova.
Ba lokileng ba tla kena ka eona.+
23 Lejoe lena le tsoa ho Jehova.+
Le letle haholo ho rona.+
24 Lena ke letsatsi leo Jehova a le behileng.
Re tla thaba re be re nyakalle ka letsatsi lena.
25 Jehova, re kopa u re pholose hle,
Jehova, re kopa u re thuse hore re hlole.
26 Ho hlohonolofatsoe motho ea tlang ka lebitso la Jehova.+
Rona ba leng ntlong ea Jehova re re le hlohonolofale.
27 Jehova ke Molimo.
O re fa leseli.+
28 U Molimo oa ka ’me ke tla u rorisa.
Molimo oa ka, ke tla u tlotlisa.+
29 Lebohang Jehova+ hobane o molemo.
Lerato la hae ha le fele le ka mohla.+
א [Aleph]
2 Ho thaba batho ba etsang lintho tseo a ba hopotsang tsona,+
Ba mo batlang ka lipelo tsohle tsa bona.+
3 Ha ba etse lintho tse sa lokang.
Baa mo mamela.+
7 Ke tla u rorisa ka pelo e ntle
Ha ke ithuta melao ea hao e lokileng.
8 Ke tla mamela melao ea hao.
E se eka u ke ke oa ntahla ka ho feletseng.
ב [Beth]
9 Mohlankana a ka etsa’ng haeba a batla ho lula a etsa lintho tse nepahetseng?*
O lokela ho itlhokomela ’me a mamele lentsoe la hao.+
10 Ke u batla ka pelo eohle ea ka.
U se ke oa ntumella hore ke tlohele ho mamela litaelo tsa hao.+
12 Jehova, e se eka u ka rorisoa.
Nthute melao ea hao.
13 Ke phatlalatsa melao eohle eo u e buileng.
16 Ke rata litaelo tsa hao.
Nke ke ka lebala lentsoe la hao.+
ג [Gimel]
18 Ke kopa u nthuse hore ke utloisise
Lintho tse hlollang tse ngotsoeng molaong oa hao.
19 Ke mpa feela ke le molichaba naheng ena.+
U se ke oa mpatela litaelo tsa hao.
20 Ke labalabela ho tseba likahlolo tsa hao
Ka linako tsohle.
22 Etsa hore ba se ke ba ntella le ho nkhella fatše
Kaha ke entse lintho tseo u nkhopolitseng tsona.
23 Leha likhosana li kopane li bua hampe ka ’na,
Ke nahanisisa ka melao ea hao.
E joaloka baeletsi ba ka.+
ד [Daleth]
Pholosa bophelo ba ka joalokaha u tšepisitse.+
26 Ke u boleletse lintho tsohle tseo ke li entseng ’me oa nkaraba.
Nthute melao ea hao.+
27 Nthuse ho utloisisa hore na litaelo tsa hao li bolela’ng
E le hore nka nahanisisa ka lintho tse ntle tseo u li entseng.+
28 Ke ntse ke sa robale ka lebaka la ho utloa bohloko.
’Matlafatse joalokaha u ntšepisitse.
29 Nthuse hore ke se ke ka ba motho ea leshano.+
U nkhauhele ka hore u nthute molao oa hao.
30 Ke ikemiselitse ho lula ke tšepahala.+
Kea hlokomela hore melao ea hao e lokile.
31 Ke khomarela lintho tseo u nkhopotsang tsona.+
Jehova, u se ke oa lumella hore ke soetsehe.*+
ה [Heʼ]
37 Nthuse hore ke se ke ka sheba lintho tse se nang thuso.+
Ntsamaise tseleng ea hao e le hore ke lule ke phela.
39 Tlosa lintho tse ntlhabisang lihlong tse etsang hore ke tšohe
Hobane likahlolo tsa hao li lokile.+
40 Bona kamoo ke batlang ho latela litaelo tsa hao kateng.
Pholosa bophelo ba ka hobane u lokile.
ו [Waw]
41 Jehova, e se eka u ka mpontša hore oa nthata,+
E se eka u ka mpholosa joalokaha u ntšepisitse*+
42 E le hore nka araba ea ’nyefolang
Hobane ke tšepa seo u se buileng.
43 Nthuse hore ke lule ke bua ka ’nete e ka lentsoeng la hao
Hobane kea u tšepa* hore u tla ahlola ka toka.
46 Ke tla bua ka melao ea hao ka pel’a marena.
Nke ke ka hlajoa ke lihlong.+
48 Ke tla u rapela ke phahamisitse matsoho hobane ke rata litaelo tsa hao.+
Ke tla nahanisisa ka melao ea hao.+
ז [Zayin]
50 Ke matšeliso a ka ha ke utloile bohloko+
Hobane lintho tseo u li buang li etsa hore ke lule ke phela.
52 Jehova, ke hopola likahlolo tsa hao tsa khale.+
Lia ntšelisa.+
56 Ke tloaetse ho etsa joalo
Hobane ke mametse litaelo tsa hao.
ח [Heth]
57 Jehova ke eena feela eo ke nang le eena.*+
Ke tšepisitse hore ke tla mo mamela.+
59 Ke hlahlobile tsela eo ke phelang ka eona
E le hore nka khutlela ho uena ’me ka mamela likhopotso tsa hao.+
64 Jehova, lerato* la hao le bonahala lefatšeng lohle.+
Nthute melao ea hao.
ט [Teth]
65 Jehova, u nketselitse lintho tse ntle
Joalokaha u tšepisitse.
67 Pele ke hlopheha ke ne ke e-na le ho etsa lintho tse mpe*
Empa hona joale ke mamela seo u se buang.+
68 U molemo+ le lintho tseo u li etsang li molemo.
Nthute melao ea hao.+
69 Ba ikhohomosang ba bua mashano ka ’na
Empa ke mamela litaelo tsa hao ka pelo eohle ea ka.
י [Yod]
73 U nkentse oa ba oa mpopa ka matsoho a hao.
Etsa hore ke utloisise litaelo tsa hao
Ha ke ithuta tsona.+
75 Jehova, kea tseba hore likahlolo tsa hao li lokile+
Le hore u ile oa nkhalemela hobane u tšepahala.+
Empa ke tla nahanisisa ka litaelo tsa hao.+
79 E se eka ba u tšabang ba ka khutlela ho ’na,
Ba tsebang likhopotso tsa hao.
כ [Kaph]
84 Ke tla ema ho fihlela neng?
U tla ahlola batho ba ntlhorisang neng?+
85 Ba ikhohomosang le ba sa batleng ho mamela melao ea hao
Ba nchekela mekoti.
86 Litaelo tsohle tsa hao lia tšepahala.
Nthuse hobane batho ba ntlhorisa ntle ho lebaka.+
87 Ba batlile ba mphelisa lefatšeng
Empa ha kea ka ka tlohela litaelo tsa hao.
ל [Lamed]
89 Jehova, lentsoe la hao le lula le le teng ka ho sa feleng.
Le tla lula le le teng joaloka maholimo.+
90 U tšepahala melokong eohle.+
U tiisitse lefatše e le hore le ka lula le le teng.+
91 Ka lebaka la melao ea hao, lintho tsohle tseo u li bopileng li ntse li le teng le kajeno,
Kaofela li laoloa ke uena.
93 Le ka mohla nke ke ka lebala litaelo tsa hao
Hobane u sebelisitse tsona ho pholosa bophelo ba ka.+
95 Ba khopo ba batla ho mphelisa
Empa ke nahanisisa ka likhopotso tsa hao.
96 Ke bone hore lintho tse phethahetseng ho na le moo li fellang teng
Empa ha ho na moo melao ea hao e fellang teng.*
מ [Mem]
97 Ke rata molao oa hao haholo.+
Ke nahanisisa ka oona letsatsi lohle.+
100 Ke etsa lintho ka bohlale ho feta banna ba holileng
Hobane ke mamela litaelo tsa hao.
102 Ha ke khelohe melao ea hao
Hobane ke uena ea nthutileng.
104 Ke etsa lintho ka bohlale ka lebaka la litaelo tsa hao.+
Ke kahoo ke hloileng tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea leshano.+
נ [Nun]
105 Lentsoe la hao ke lebone le khantšang moo ke hatang teng
Hape ke leseli le bonesang tsela ea ka.+
106 Ke entse kano ea ho mamela melao ea hao e lokileng
’Me ke tla e phetha.
107 Ke utloile bohloko haholo.+
Jehova, pholosa bophelo ba ka joalokaha u tšepisitse.+
108 Jehova, e se eka u ka amohela linyehelo tsa ka tsa ho u rorisa tseo ke li etsang ka ho rata*+
’Me u nthute melao ea hao.+
112 Ke ikemiselitse ho mamela melao ea hao ka linako tsohle
Ho fihlela qetellong.
ס [Samekh]
U se ke oa lumella hore tšepo ea ka e fetohe masoabi.+
119 U lahla bohle ba khopo lefatšeng joalokaha eka ke matlakala.+
Ke ka lebaka leo ke ratang likhopotso tsa hao.
120 ’Mele oa ka oa thothomela ka lebaka la ho u tšaba.
Ke tšaba likahlolo tsa hao.
ע [Ayin]
121 Ke ahlotse ka toka ebile ke entse se lokileng.
U se ke oa ntlohela hore ke oele matsohong a ba batlang ho nkhatella.
122 Ntšepise hore lintho li tla ntsamaela hantle.
E se eka ba ikhohomosang ba ke ke ba nkhatella.
128 Kahoo, ke nka litaelo tsohle tse tsoang ho uena e le tse lokileng.+
Ke hloile mashano ’ohle.+
פ [Peʼ]
129 Likhopotso tsa hao li molemo haholo
Ke kahoo ke li mamelang.
130 Batho ba ba le tsebo ha ba hlalosetsoa mantsoe a hao+
Le ba se nang boiphihlelo ba ba le kutloisiso.+
133 Ntataise ka seo u se buang e le hore ke tsamaee moo ho sireletsehileng.*
U se ke oa lumella ntho leha e le efe e mpe ho ntaola.+
צ [Tsade]
138 Lintho tseo u re hopotsang tsona li lokile
Ebile re ka li tšepa.
139 Cheseho ea ka ea ho etsa thato ea hao e tuka joaloka mollo ka pelong ea ka+
Hobane lira tsa ka li iphapanyelitse mantsoe a hao.
141 Ha ke motho oa bohlokoa ebile kea nyatseha.+
Leha ho le joalo, ha kea lebala litaelo tsa hao.
143 Le hoja ke e-ba le matšoenyeho le mathata,
Ke ntse ke rata litaelo tsa hao.
144 Likhopotso tsa hao li lula li lokile.
Etsa hore ke li utloisise+ e le hore ke lule ke phela.
ק [Qoph]
145 Nkarabe hle Jehova hobane ke u bitsa ka pelo ea ka eohle.
Ke tla mamela melao ea hao.
146 Mpholose hobane ke llela ho uena.
Ke tla mamela likhopotso tsa hao.
147 Ke tsohile esale ka meso hore ke llele ho uena ho kopa thuso+
Hobane ke tšepetse mantsoeng a hao.*
149 Jehova, e se eka u ka ’mamela hobane oa nthata.+
U pholose bophelo ba ka hobane u ahlola ka toka.
150 Batho ba etsang lintho tse hlabisang lihlong* baa nkatamela.
Ha ba sa mamela molao oa hao ho hang.
Litaelo tsohle tsa hao ke ’nete.+
ר [Resh]
154 Ntoanele* ’me u mpholose.+
Pholosa bophelo ba ka joalokaha u tšepisitse.
Pholosa bophelo ba ka hobane u ahlola ka toka.
157 Ba ntlhorisang le ba ntlhoileng ba bangata.+
Empa ha kea tlohela likhopotso tsa hao.
159 Bona kamoo ke ratang litaelo tsa hao kateng.
Jehova, pholosa bophelo ba ka hobane oa nthata.+
ש [Sin] kapa [Shin]
164 Ke u rorisa ka makhetlo a supileng ka letsatsi
Ka lebaka la likahlolo tsa hao tse lokileng.
166 Jehova, ke tšepile hore u tla mpholosa
Ebile ke mamela litaelo tsa hao.
ת [Taw]
169 Jehova, e se eka u ka nkutloa ha ke lla ke u kopa thuso.+
Nthuse ho utloisisa seo lentsoe la hao le se bolelang.+
170 E se eka u ka nkutloa ha ke u kopa hore u nkhauhele.
Mpholose joalokaha u tšepisitse.
175 Ntumelle hore ke ’ne ke phele e le hore nka u rorisa.+
E se eka melao ea hao e ka nthusa.
Pina ea ho Nyolohela Motseng.*
2 Jehova, mpholose ho ba buang leshano ka melomo ea bona
Le ho ba thetsang ka maleme a bona.
3 Uena ea thetsang ba bang, Molimo o tla u etsa’ng?
O tla u ahlola joang?+
5 Ho malimabe ’na hobane ke lutse Mesheke ke le molichaba.+
Ke lutse litenteng tsa Kedare.+
7 Ke rata khotso empa ha ke bua,
Baa ntoantša.
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
121 Ke phahamisetsa mahlo a ka lithabeng.+
Thuso ea ka e tla tsoa hokae?
3 A ke ke a lumella hore leoto la hao le thelle.*+
Ea u lebelang a ke ke a otsela le ka mohla.
5 Jehova ke molebeli oa hao.
Jehova ke moriti+ o ka letsohong la hao le letona.+
7 Jehova o tla u sireletsa linthong tsohle tse kotsi.+
O tla sireletsa bophelo ba hao.+
8 Jehova o tla u sireletsa linthong tsohle tseo u li etsang
Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
Pina ea ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ea Davida.
122 Ke ile ka thaba ha ba re ho ’na:
“A re eeng ntlong ea Jehova.”+
4 Maloko a nyolohetse motseng ona,
Maloko a Jah,*
Ho ea ka molao oo a o fileng Iseraele
Hore e e’o rorisa lebitso la Jehova.+
6 Kopang hore ho be le khotso Jerusalema.+
Ba e ratang ba tla sireletseha.
7 E se eka ho ka lula ho e-na le khotso motseng*
Le tšireletseho e be teng litoreng tsa hao tse sirelelitsoeng ka thata.
8 Molemong oa bana beso le metsoalle ea ka ke tla re:
“E se eka u ka ba le khotso.”
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
2 Joalokaha bahlanka ba lula ba shebile mong’a bona
Le lekhoba la mosali le lula le shebile mong’a lona oa mosali,
Ka ho tšoanang re lula re shebile Jehova Molimo oa rona+
Ho fihlela a re hauhela.+
4 Re sonngoe haholo ke ba khellang batho ba bang fatše
Ebile re nyatsuoe ke ba ikhohomosang.
Pina ea ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ea Davida.
2 “Haeba Jehova a sa ka a ba le rona+
Ha batho ba ne ba re hlasela,+
3 Kannete ba ka be ba re bolaile+
Nakong eo ba neng ba re halefetse haholo.+
5 Maqhubu a halefileng a ka be a re koahetse.
6 Jehova a ke a rorisoe.
O re sirelelitse ho lira tsa rona tse tšoanang le libata.
Leraba leo le ne le robehile
Eaba rea phonyoha.+
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
2 Joalokaha lithaba li pota-potile Jerusalema,+
Ka ho tšoanang Jehova o pota-potile batho ba hae+
Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
3 Ba khopo* ba ke ke ba lula ba busa ba lokileng+
E le hore ba lokileng ba se ke ba fetoha ebe ba etsa lintho tse fosahetseng.+
4 Jehova, etsetsa batho ba lipelo li ntle
Le ba lokileng lintho tse ntle,+
5 Ba khelohang ebe ba etsa lintho tse khopo,
Jehova o tla ba felisa hammoho le ba etsang lintho tse mpe.+
E se eka ho ka ba le khotso Iseraele.
Pina ea Ho Nyolohela Motseng.
Lichaba tse ling li ile tsa re:
“Jehova o ba etselitse lintho tse kholo.”+
3 Jehova o re etselitse lintho tse kholo.+
Re thabile haholo.
5 Ba jalang peo ba lla,
Ba tla kotula ba thabile haholo.
6 Ea tsoang a jere mokotla oa hae oa peo
Le hoja a lla,
O tla khutla a thabile haholo,+
A nkile mangata a hae.+
Pina ea ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ea Solomone.
127 Haeba Jehova a sa hahe ntlo,
Leha batho ba e hahang ba ka sebetsa ka thata, ba tla be ba sebeletsa lefeela.+
Haeba Jehova a sa lebela motse,+
Ha ho thuse letho hore molebeli oa motse oo a lule a phaphame.
2 Ha ho thuse letho ho tsoha esale hoseng,
Ho robala e se e le bosiu haholo
Le ho sebetsa ka thata hore u be le lijo
Hobane Molimo o hlokomela batho ba hae bao a ba ratang ebile o etsa hore ba robale hamonate.+
3 Bana* ke lefa le tsoang ho Jehova.+
Ke mpho e tsoang ho Molimo.+
5 Ho thaba monna ea tlatsang mokotla oa hae oa metsu ka bona.+
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
2 U tla ja seo u se sebelelitseng ka thata ka matsoho a hao.
U tla thaba ’me u atlehe.+
3 Mosali oa hao o tla ba joaloka sefate sa morara se behang litholoana ka tlung ea hao.+
Bara ba hao ba tla u pota-pota joaloka mahlomela a sefate sa mohloaare tafoleng ea hao.
5 Jehova o tla u putsa ka litlhohonolofatso tse tsoang Sione.
E se eka ho ka ba le khotso Iseraele.
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
3 Mokokotlo oa ka o joaloka tšimo e lenngoeng ke balemi.+
Ba entse liforo tse telele mokokotlong oa ka.”
O khaotse liropo tsa ba khopo.+
6 Ba tla ba joaloka joang bo melang marulelong
Bo omellang pele bo tlosoa,
7 Bo ke keng ba tlala ka har’a seatla sa motho ea bo kotulang
Kapa ka matsohong a motho ea bokellang mangata.
8 Ba fetang ka tsela ba ke ke ba re:
“Jehova a ke a le hlohonolofatse.
Re le hlohonolofatsa ka lebitso la Jehova.”
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
130 Jehova, ke u hoeletsa ke tšoenyehile haholo.+
2 Nkutloe hle Jehova.
E se eka u ka ’mamelisisa ha ke kopa thuso.
5 Ke tšepa Jehova. Ke mo tšepa ka pelo eohle ea ka.
Ke emetse hore litšepiso tsa hae li phethahale.
7 E se eka Baiseraele ba ka lula ba emetse Jehova
Hobane Jehova o na le lerato*+
Ebile o na le matla a maholo a ho lopolla.
8 O tla lopolla Baiseraele liphosong tsohle tsa bona.
Pina ea ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ea Davida.
131 Jehova, ha kea ikhohomosa.
Ha ke e-s’o ka ke iphahamisa.+
Ha ke lakatse lintho tse kholo haholo+
Kapa lintho tseo ke sa khoneng ho li etsa.
2 Empa ke khobile matšoafo+ ebile ke tšelisitse pelo ea ka
Joaloka ngoana ea khoesitsoeng* ea leng ho ’mè oa hae.
Ke khotsofetse joaloka ngoana ea khoesitsoeng.
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
2 Jehova, hopola kamoo a ileng a ikana ho uena kateng,
Ha a etsa boitlamo ho Molimo ea Matla oa Jakobo a re:+
3 “Nke ke ka kena ka tlung ea ka.+
Nke ke ka robala betheng ea ka.
4 Nke ke ka robala
Kapa ka otsela
5 Ho fihlela ke fumanela Jehova sebaka,
Ke fumanela Molimo ea Matla oa Jakobo sebaka se setle seo a ka lulang ho sona.”*+
7 A re keneng moo a lulang teng.*+
A re inameng ka pel’a setuloana sa hae sa maoto.+
9 E se eka baprista ba hao e ka ba ba lokileng,
Batho ba hao ba tšepahalang ba ke ba hoeletse ba thabile.
11 Jehova o hlapanyelitse Davida.
A ke ke a koenehela seo a se buileng, ha a ne a re:
“Ke tla beha e mong oa litloholo tsa hao
Teroneng ea hao.+
12 Haeba bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka
Le melao eo ke ba rutang eona,+
Bara ba bona le bona
Ba tla lula teroneng ea hao ka ho sa feleng.”+
O batla hore e be sebaka sa hae seo a lulang ho sona. O itse:+
14 “Mona ke moo ke tla phomola teng ka ho sa feleng.
Ke tla lula mona+ hobane ke moo ke batlang ho lula teng.
15 Ke tla hlohonolofatsa sebaka sena ka lijo.
Ba futsanehileng ba lulang moo ke tla ba fa bohobe ho fihlela ba khotsofetse.+
17 Ke tla etsa hore matla* a Davida a eketsehe moo.
Ke lokiselitse motlotsuoa oa ka lebone.+
Pina ea ho Nyolohela Motseng. Pesaleme ea Davida.
2 Ho joaloka oli e ntle e tšeloang hloohong+
E theohelang litelung,
Litelung tsa Arone+
Ebe e theohela molaleng oa liaparo tsa hae.
Jehova o laetse hore batho ba tla hlohonolofatsoa moo
Ka bophelo bo sa feleng.
Pina ea ho Nyolohela Motseng.
Rorisang lebitso la Jehova.
Lona bahlanka ba Jehova, mo roriseng,+
2 Lona ba sebetsang ka tlung ea Jehova,
Mabaleng a ntlo ea Molimo oa rona.+
3 Rorisang Jah hobane Jehova o molemo.+
Binelang* lebitso la hae lipina tsa thoriso hobane ke ntho e ntle.
5 Kea tseba hore Jehova o moholo.
Morena oa rona o moholo ho feta melimo e meng eohle.+
6 Jehova o etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa+
Leholimong le lefatšeng, maoatleng le libakeng tsohle tse tebileng.
7 O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.
O etsa lehalima* bakeng sa pula.
O bulela moea moo a o koaletseng teng.*+
8 O ile a bolaea matsibolo a batho le a liphoofolo Egepeta.+
10 O ile a bolaea lichaba tse ngata,+
A bolaea le marena a matla+
11 E leng Sihone morena oa Baamore,+
Oge morena oa Bashane+
Le mebuso eohle ea Kanana.
13 Jehova, lebitso la hao le lula le le teng.
Jehova, u tla lula u tumme* le melokong eohle e tlang.+
16 Li na le melomo empa ha li bue.+
Li na le mahlo empa ha li bone.
17 Li na le litsebe empa ha li utloe.
Ebile ha li khone le ho hema.+
19 Baiseraele, rorisang Jehova.
Rorisang Jehova lona ba lelapa la Arone.
20 Ba lelapa la Levi, rorisang Jehova.+
Rorisang Jehova lona ba tšabang Jehova.
Rorisang Jah!+
136 Lebohang Jehova hobane o molemo.+
Lerato* la hae ha le fele le ka mohla.+
3 Lebohang Morena oa marena
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla.
18 A bolaea marena a matla
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla
19 E leng Sihone+ morena oa Baamore
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla,
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla.
21 A fana ka naha ea ’ona e le lefa+
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla,
22 E le lefa ho mohlanka oa hae Iseraele
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla.
26 Lebohang Molimo oa maholimo
Hobane lerato la hae ha le fele le ka mohla.
2 Re ile ra haka liharepa tsa rona lifateng tsa popoliri tse Babilona.+
“Re bineleng e ’ngoe ea lipina tsa Sione.”
4 Re ka bina pina ea Jehova joang
Re le naheng e ’ngoe?
6 Haeba ke sa e hopole
Haeba ke sa nke Jerusalema e le eona e nthabisang
Ho feta lintho tsohle,
Molomo oa ka o se ke oa khona ho bua.+
7 Jehova, hopola seo Baedomo ba ileng ba se bua
Letsatsing leo Jerusalema e oeleng ka lona,
Ha ba ne ba re: “E heletseng! Le e lihe hore e putlame!”+
8 Uena motse oa Babilona o tlang ho felisoa haufinyane,+
Ho thaba motho ea tla u sotla
Ka tsela eo u neng u re sotla ka eona.+
Pesaleme ea Davida.
138 Ke tla u rorisa ka pelo ea ka eohle.+
Ke u binele lithoriso
Ka pel’a melimo e meng.*
2 Ke tla inama ke shebile tempeleng ea hao e halalelang.*+
Ke tla rorisa lebitso la hao+
Hobane u lerato ebile oa tšepahala.
U bontšitse hore botumo ba lebitso la hao le litšepiso tsa hao li kholo ho feta lintho tsohle.*
7 Le haeba ke tsamaea moo ho leng kotsi, u tla mpholosa.+
U tla ntoanela ho lira tsa ka tse halefileng.
U tla mpholosa ka letsoho la hao le letona.
8 Jehova o tla nketsetsa lintho tsohle.
Jehova, lerato la hao ha le fele le ka mohla.+
U se ke oa lahla batho ba hao bao u ba bopileng.+
Ho motsamaisi. Pesaleme ea Davida. Pina.
139 Jehova, u ntlhahlobile ’me oa ntseba.+
2 U tseba ha ke lula le ha ke ema.+
U bona lintho tseo ke li nahanang u le hole.+
3 Oa mpona ha ke le leetong le ha ke paqama.
U tseba lintho tsohle tseo ke li etsang.+
5 U mpota-potile hore u ntšireletse
Ebile u ntšoara ka letsoho.
6 Tsela eo u ntsebang ka eona ea hlolla.
Ho thata hore ke e utloisise.+
8 Le haeba ke ne nka nyolohela leholimong, u ne u tla mpona.
Le haeba ke ne nka robala ka Lebitleng,* u ne u ntse u tla mpona.+
9 Haeba ke ne nka fofa kapele ho feta kamoo khanya e hlahang kateng hoseng
Hore ke eo lula leoatleng le hole haholo,
10 Le hona moo u ne u tla ntataisa ka letsoho la hao
U be u ntšoare ka letsoho la hao le letona.+
11 Haeba ke re: “Nke ke ka bonahala ha ke le lefifing,”
Ho uena lefifi leo le ne le tla ba joaloka khanya.
Ho uena lefifi le tšoana le khanya.+
14 Kea u rorisa hobane u nkentse ka tsela e hlollang haholo.+
Mesebetsi ea hao e metle,+
Ke tseba sena hantle.
16 U ile oa mpona ke sa le lesea le ka popelong.
Likarolo tsohle tsa ka li ne li ngotsoe bukeng ea hao
Le pele li e-ba teng.
Ho ne ho ngotsoe matsatsi ao li ileng tsa boptjoa ka ’ona.
17 Molimo, lintho tseo u li nahanang li bohlokoa ho ’na.+
Li ngata haholo.+
18 Ha ke ne nka leka ho li bala, li ne li tla feta palo ea lehlabathe.+
Leha ke tsoha ke ne ke tla be ke e-s’o qete ho li bala.*+
Ke lira tsa hao tse sebelisang lebitso la hao hampe.+
E se e le lira tsa ka.
23 Ntlhahlobe Molimo ’me u bone se ka pelong ea ka.+
Ntlhahlobe ’me u tsebe lintho tse ntšoenyang* tseo ke li nahanang.+
24 Sheba hore na ho na le ntho leha e le efe e mpe ka pelong ea ka.+
U ntsamaise+ tseleng e tla lula e le teng ka ho sa feleng.
Ho motsamaisi. Pina ea Davida.
140 Jehova, mpholose ho batho ba khopo,
U ntšireletse ho ba ratang ho loana,+
2 Ho ba rerang lintho tse khopo ka lipelong tsa bona+
Le ba lulang ba baka lintoa.
3 Maleme a bona a kotsi joaloka leleme la noha.+
Lintho tseo ba li buang li kotsi joaloka chefo ea noha ea marabe.+ (Selah)
Ba nchehetse maraba.+ (Selah)
6 Ke re ho Jehova: “U Molimo oa ka.
’Mamele ha ke u kopa thuso hle Jehova.”+
8 Jehova, u se ke oa lumella hore batho ba khopo ba fumane seo ba se batlang.
U se ke oa etsa hore merero ea bona e atlehe e le hore ba se ke ba ikhohomosa.+ (Selah)
10 E se eka mashala a hlenneng a ka oela holim’a bona.+
11 Motho ea etselletsang ba bang a se ke a atleha lefatšeng.+
E se eka batho ba ratang ntoa ba ka sotleha ’me ba felisoa.
12 Kea tseba hore Jehova o tla loanela ba maemong a tlase,
A etse hore ba futsanehileng ba ahloloe ka toka.+
13 Kannete ba lokileng ba tla rorisa lebitso la hao.
Ba tšepahalang ba tla lula ba le haufi le uena.+
Pina ea Davida.
141 Jehova, ke llela ho uena.+
Potlaka u tl’o nthusa.+
U ’mamele ha ke llela ho uena.+
2 Thapelo ea ka e ke e be joaloka libano+ tse lokisitsoeng ka pel’a hao,+
Matsoho a ka ao ke a phahamisitseng a be joaloka nyehelo ea lijo* ea mantsiboea.+
4 U se ke oa ntumella hore ke lakatse ho etsa lintho tse mpe+
Kapa hore ke etse lintho tse sa lokang le batho ba khopo.
Ha ke batle ho ja lijo tsa bona tse monate.
5 Haeba ea lokileng a ka nkotla, seo se ne se tla bontša hore oa nthata.*+
Haeba a ne a ka nkhalemela, e ne e tla ba joalokaha eka o ntšela ka oli hloohong,+
Ke ne nke ke ka hana.+
Ha a le mathateng, ke ne ke tla ’ne ke mo rapelle.
6 Batho ba tla mamela mantsoe a ka hobane a monate
Le hoja baahloli ba bona ba liheloa fatše ba le mafikeng.
8 Ke tšepetse ho uena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.+
Ke balehela ho uena.
U se ke oa ntlohela hore ke shoe.
9 Ntšireletse hore ke se ke ka tšoasoa ke leraba leo ba nchehetseng lona.
U ntšireletse marabeng a batho ba khopo.
Maskile.* Pesaleme ea Davida ha a ne a le ka lehaheng.+ Thapelo.
U tseba tsela ea ka.+
Ba nchehetse leraba
Tseleng eo ke tsamaeang ho eona.
Ha ho na moo nka balehelang teng.+
Ha ho na motho ea tšoenyehileng ka ’na.
5 Jehova, ke llela ho uena ho kopa thuso.
6 Utloa sello sa ka ha ke kopa thuso
Ke nyahame haholo.
Mpholose ho ba ntlhorisang+
Hobane ba matla ho mpheta.
7 ’Ntše teronkong
Hore ke rorise lebitso la hao.
E se eka ba lokileng ba ka mpota-pota
Hobane u mosa ho ’na.
Pina ea Davida.
143 Utloa thapelo ea ka hle Jehova.+
Nkutloe ha ke kopa thuso.
Nkarabe hobane oa tšepahala ebile u lokile.
2 Ke mohlanka oa hao,
U se ke oa nqosa hobane ha ho na motho ea phelang ea se nang molato* ka pel’a hao.+
3 Ke lelekisoa ke sera.
Se nkhateletse fatše.
Se entse hore ke lule lefifing joaloka batho bao e leng khale ba shoele.
5 Ke hopola mehleng ea khale.
Ke nahanisisa* ka mesebetsi eohle ea hao.+
Ke nahanisisa ka lintho tseo u li entseng.
6 Ke phahamisetsa matsoho a ka ho uena.
Ke u hloka joaloka naha e omeletseng e hlokang metsi.+ (Selah)
7 Nkarabe ka pele hle Jehova.+
Ke feletsoe ke matla.+
8 E se eka nka utloa e sa le hoseng hore oa nthata
Hobane ke u tšepile.
Ntsebise tsela eo ke lokelang ho phela ka eona+
Hobane ke tla ho uena hore u ntataise.
9 Jehova, mpholose ho lira tsa ka.
Ke kopa u ntšireletse.+
U molemo.
E se eka u ka ntataisetsa sebakeng se sireletsehileng* ka matla a hao.
11 Jehova, mpholose hore lebitso la hao le tle le rorisoe.
Mpholose matšoenyehong hobane u lokile.+
12 Felisa* lira tsa ka hobane oa nthata.*+
Pesaleme ea Davida.
2 Ke eena ea nthatang le ea ntšireletsang,
Ke setšabelo sa ka se sireletsehileng* le mopholosi oa ka,
Ke thebe ea ka le Molimo eo ke balehetseng ho eena,+
Ea hlolang lichaba hore ke li laole.+
4 Bophelo ba motho bo bokhutšoane joaloka phefumoloho feela.+
Matsatsi a hae a joaloka seriti se fetang.+
5 Jehova, theola* maholimo a hao ’me u theohe.+
Thetsa lithaba ’me u etse hore li kubelle mosi.+
6 Khantša lehalima ’me u hasanye lira tsa ka.+
Lahlela metsu ea hao e le hore u li ferekanye.+
7 Otlolla matsoho a hao u le leholimong.
Mpholose metsing a mangata,
U mpholose matsohong a balichaba,+
8 Ba buang leshano ka melomo ea bona
Le ba phahamisang matsoho a bona a matona ho ikana empa ba bua leshano.
9 Molimo, ke tla u binela pina e ncha.+
Ke u binele lithoriso ka seletsa sa likhoele tse leshome,
10 Ke binele ea etsang hore marena a hlole,*+
Ea pholosang mohlanka oa hae Davida hore a se ke a bolaoa ka sabole.+
11 U mpholose matsohong a balichaba,
Ba buang leshano ka melomo ea bona
Le ba phahamisang matsoho a bona a matona ho ikana empa ba bua leshano.
12 Bara ba rona ba tla ba joaloka limela tse nyenyane tse holang kapele,
Barali ba rona ba tšoane le lipilara tsa lik’hona tse betletsoeng ntlo ea boreneng,
Mehlape ea rona e masimong a rona e tla eketseha, e be mengata hoo e ke keng ea baloa.
14 Le hoja likhomo tsa rona li emere, li ke ke tsa folotsa kapa tsa hlaheloa ke kotsi.*
Ho ke ke ha e-ba le batho ba llang mabaleng a rona.
15 Ho thaba batho bao lintho li ba tsamaelang tjena.
Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova.+
Pina ea thoriso ea Davida.
א [Aleph]
ב [Beth]
ג [Gimel]
3 Jehova o moholo ’me o tšoaneloa ke ho rorisoa haholo.+
O moholo ka tsela eo re ke keng ra e utloisisa.+
ד [Daleth]
4 Meloko e tla latela e tla rorisa mesebetsi ea hao.
E tla bolella ba bang ka liketso tsa hao tse matla.+
ה [He]
5 E tla bua ka botle ba bobusi ba hao bo khanyang.+
Ke tla nahanisisa ka mesebetsi ea hao e hlollang.
ו [Waw]
ז [Zayin]
7 Ba tla bua ba sa khaotse ha ba hopola lintho tse ngata tse molemo tseo u li entseng+
Ebile ba tla hoeletsa ba thabile hobane u lokile.+
ח [Heth]
ט [Teth]
9 Jehova o molemo ho lintho tsohle tse phelang.+
Mesebetsi eohle ea hae e bontša hore o mohau.
י [Yod]
10 Jehova, mesebetsi eohle ea hao e tla u rorisa+
Le batho ba hao ba u tšepahallang ba tla u rorisa.+
כ [Kaph]
11 Ba tla bua ka khanya ea borena ba hao,+
Ba bue le ka matla a hao,+
ל [Lamed]
12 Hore ba tsebise batho liketso tsa hao tse matla+
Le botle ba borena ba hao bo khanyang.+
מ [Mem]
ס [Samekh]
ע [Ayin]
15 Lintho tsohle tse phelang li tšepetse ho uena.
O li fa lijo tsa tsona ka nako ea teng.+
פ [Pe]
צ [Tsade]
ק [Qoph]
ר [Resh]
19 O fa batho ba mo tšabang lintho tseo ba li lakatsang.+
O utloa sello sa bona ha ba kopa thuso ebe oa ba pholosa.+
ש [Shin]
ת [Taw]
21 Ke tla rorisa Jehova ka molomo oa ka.+
E se eka lintho tsohle tse phelang li ka rorisa lebitso la hae le halalelang ka ho sa feleng.+
E se eka nka rorisa Jehova ka pelo eohle ea ka.+
2 Ke tla rorisa Jehova bophelo bohle ba ka.
Ke tla binela Molimo oa ka lithoriso hafeela ke ntse ke phela.
4 Ha a khaotsa ho hema, o khutlela leroleng.+
Ho tloha ka nako eo, o khaotsa ho nahana.+
5 Ho thaba motho ea thusoang ke Molimo oa Jakobo,+
Ea tšepileng Jehova Molimo oa hae,+
6 Ea entseng leholimo le lefatše,
Leoatle le lintho tsohle tse ho lona.+
Ke Molimo ea lulang a tšepahala,+
7 Ea thusang ba utsoelitsoeng hore ba ahloleloe ka toka
Le ea fepang ba lapileng.+
Jehova o lokolla batšoaruoa.*+
8 Jehova o bula mahlo a ba foufetseng.+
Jehova o phahamisa ba imetsoeng.+
Jehova o rata ba lokileng.
9 Jehova o sireletsa balichaba.
Rorisang Jah!*
Ho binela Molimo oa rona lithoriso ke ntho e ntle.
Ho mo rorisa hoa thabisa ebile ho loketse.+
O phutha Baiseraele ba qhalakaneng.+
3 O folisa bao lipelo tsa bona li utloileng bohloko.
O tlamisa maqeba a bona.
4 O tseba palo ea linaleli.
Kaofela ha tsona o li bitsa ka mabitso a tsona.+
5 Morena oa rona o moholo ebile o matla haholo.+
O bohlale ka tsela eo re ke keng ra khona ho e utloisisa.+
6 Jehova o phahamisa batho ba bonolo.+
Empa ba khopo o ba lahlela fatše.
7 Binelang Jehova lipina tsa ho mo leboha.
Binelang Molimo oa rona lithoriso ka harepa.
8 Ke eena ea koahelang maholimo ka maru,
Ea nesetsang lefatše pula+
Le ea etsang hore joang bo mele+ lithabeng.
12 Jerusalema, tlotlisa Jehova.
Sione, rorisa Molimo oa hao.
13 O etsa hore lipalo tsa likeiti tsa motse oa hao li tiee.
O hlohonolofatsa bara ba hao.
14 O etsa hore ho be le khotso naheng ea hao.+
O u fa koro e ntle ka ho fetisisa ho fihlela u khotsofetse.+
15 O fana ka taelo lefatšeng,
Lentsoe la hae le matha ka lebelo.
16 O fana ka lehloa joaloka boea.+
O hasanya serame joaloka molora.+
17 O lahlela sefako* sa hae fatše joaloka mafoforetsane a bohobe.+
Ha ho na motho ea ka khonang ho mamella serame sa hae.+
18 Ha a fana ka taelo, lehloa lea qhibiliha.
O etsa hore moea oa hae o foke+ ebe metsi aa phalla.
20 Ha a etse joalo ho lichaba tse ling.+
Ha li tsebe letho ka melao ea hae.
Rorisang Jehova le le leholimong.+
Mo roriseng le le libakeng tse phahameng.
2 Mo roriseng, lona mangeloi ’ohle a hae.+
Mo roriseng, lona lebotho lohle la hae.+
3 Mo roriseng, lona letsatsi le khoeli.
Mo roriseng, lona linaleli tsohle tse khanyang.+
4 Mo roriseng, lona maholimo a phahameng ka ho fetisisa
Le lona maru a pula a leholimong.
5 Lintho tsena tsohle li ke li rorise lebitso la Jehova
Hobane o ile a laela hore li boptjoe ’me tsa e-ba teng.+
6 O entse hore li lule li le teng ka ho sa feleng.+
O fane ka molao o ke keng oa felloa ke nako.+
7 Rorisang Jehova lona ba lefatšeng,
Lona liphoofolo tse kholo tsa leoatle le metsi ’ohle a tebileng,
8 Lona mahalima le sefako, lehloa le maru a teteaneng,
Uena sefefo se phethahatsang lentsoe la hae,+
9 Lona lithaba le maralla ’ohle,+
Lona lifate tsa litholoana le lifate tsohle tsa kedare,+
10 Lona liphoofolo tse hlaha+ le liphoofolo tsohle tse ruuoang,
Lona liphoofolo tse hahabang le lona linonyana.
11 Mo roriseng, lona marena a lefatše le lichaba tsohle,
Lona likhosana le baahloli bohle ba lefatše,+
12 Lona bahlankana le baroetsana,
Lona maqheku le lona bacha.
13 Ba ke ba rorise lebitso la Jehova,
Lebitso la hae ke lona feela le phahametseng mabitso a mang ’ohle.+
Ke eena ea hlomphehang ka ho fetisisa lefatšeng le leholimong.+
14 O tla ekeletsa batho ba hae matla
Hore batho bohle ba hae ba tšepahalang ba rorisoe,
E leng Baiseraele, sechaba se haufi le eena.
Rorisang Jah!*
Binelang Jehova pina e ncha.+
Mo roriseng phuthehong ea ba tšepahalang.+
2 Baiseraele ba ke ba thabe ka lebaka la Moetsi oa bona e Moholo.+
Bara ba Sione ba ke ba thabe ka lebaka la Morena oa bona.
3 Ba ke ba rorise lebitso la hae ka ho tantša,+
Ba mo binele lithoriso ka moropa o monyenyane le ka harepa.+
4 Jehova o rata batho ba hae.+
O tlotla ba bonolo ka ho ba pholosa.+
5 Ba tšepahalang ba ke ba thabe ka lebaka la khanya eo a ba fang eona.
Ba ke ba hoeletse ba thabile libetheng tsa bona.+
6 Ba binele Molimo lithoriso ka melomo ea bona,
Ba tšoare sabole e sehang ka mahlakore a mabeli,
7 Eo ba tla iphetetsa ka eona ho lichaba
Le ho khalemela lichaba ka eona
8 Hore ba tlame marena a tsona
Le bahlomphehi ba tsona ka liketane
Tlotla ena e tšoanela bohle ba mo tšepahallang.
Rorisang Jah!*
Rorisang Molimo sebakeng sa hae se halalelang.+
Mo roriseng sepaka-pakeng se bontšang matla a hae.+
2 Mo roriseng ka lebaka la mesebetsi ea hae e matla.+
Mo roriseng hobane o moholo ka tsela e hlollang.+
3 Mo roriseng ka ho letsa lenaka.+
Mo roriseng ka seletsa se likhoele le ka harepa.+
4 Mo roriseng ka moropa o monyenyane+ le ka ho tantša le potoloha.
Mo roriseng ka liletsa tse likhoele+ le ka phala.+
5 Mo roriseng ka ho letsa lisimbala.
Mo roriseng ka ho otlanya lisimbala.+
6 Lintho tsohle tse phelang* li ke li rorise Jah.
Kapa: “o ipalla oona ka lentsoe le tlase.”
Kapa: “mahlaku.”
Kapa: “ba nahanisisa.”
Kapa: “ba rera bolotsana.”
Kapa: “Kreste oa hae.”
Kapa: “Mamelang temoso.”
Ka Seheberu: “Akang.”
Ka Seheberu: “u ea phahamisang hlooho ea ka.”
Ka Seheberu: “Nketsetse sebaka se bulehileng.”
Kapa: “o tla qolla motho oa hae ea tšepahalang; o tla ikhethela motho oa hae ea tšepahalang.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “motho ea bolaeang le ea thetsang.”
Kapa: “hobane lerato la hao le tšepahalang le lengata.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sehalalelong.”
Kapa: “Ba sebelisa maleme a boreleli.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “a u hopola.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
E ne e le setulo se kang sofa.
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa mohlomong: “Empa ke pholositse motho ea khahlanong le ’na ntle ho lebaka.”
Kapa: “ea hlahlobang lipelo le liphio.”
Kapa: “letsa ’mino.”
Kapa mohlomong: “Uena eo ho buuoang ka khanya ea hao ka holim’a maholimo.”
Ka Seheberu: “menoana ea hao.”
Kapa: “ho ba joaloka melimo.”
Ka Seheberu: “ho laola mesebetsi ea matsoho a hao.”
Ka Seheberu: “libata tsa naha.”
Kapa: “letsa ’mino.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Ka Seheberu: “likeiting tsa lefu.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Ea meharo oa itlhohonolofatsa.”
Kapa: “ikhohomosetsa.”
Ka Seheberu: “ho isa molokong o mong ka mor’a o mong.”
Kapa: “tau morung o teteaneng.”
Kapa: “o patile sefahleho sa hae.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
Ka Seheberu: “Roba letsoho la ea khopo.”
Kapa: “metheo ea toka.”
Ka Seheberu: “maraba.” Kapa mohlomong: “mashala a hlenneng.”
Ka Seheberu: “ba lokileng ba tla bona sefahleho sa hae.”
Ka Seheberu: “Ba bua ka melomo e boreleli.”
Ka Seheberu: “ba lipelo li mano.”
Kapa: “sotlang.”
Kapa mohlomong: “seboping se qhibilihisang se fatše.”
Ka Seheberu: “Khantša mahlo a ka.”
Kapa: “hore u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “o molemo ho ’na.”
Ka Seheberu: “moloko.”
Kapa: “ea tšepahalang.”
Kapa: “ha a nyenyefatse.”
Ka Seheberu: “kano.”
Kapa: “a ke ke a therekelisoa.”
Kapa: “karolo ea kabelo ea ka.”
Kapa: “menahano.” Ka Seheberu: “liphio tsa ka.”
Kapa: “nke ke ka therekelisoa.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a bone sekoti.” Kapa mohlomong: “a bone ho bola.”
Kapa: “Inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ho re lahlela fatše.”
Kapa: “bao kabelo ea bona e leng bophelong bona.”
Kapa: “ke bona sebopeho sa hao.”
Kapa: “mopholosi oa ka ea matla.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “mapheo a moea.”
Kapa: “sebakeng se seholo.”
Ka Seheberu: “ke hloekile.”
Kapa: “ba hlophehileng.”
Kapa: “ ’matlafatsa.”
Kapa: “Maqaqailana.”
Ka Seheberu: “khutsisa.”
Kapa: “O bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa mohlomong: “khoele e methang.”
Kapa: “Likhopotso.”
Kapa: “litlolo tse ngata.”
Ka Seheberu: “e le e nonneng.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “litholoana.”
Ka Seheberu: “likhoele tsa seqha.”
Ho ka etsahala hore e ne e le morethetho kapa mofuta o itseng oa ’mino.
Kapa: “U lutse har’a (holim’a).”
Kapa: “ha baa ka ba hlajoa ke lihlong.”
Ka Seheberu: “ke lahletsoe ho uena.”
Ka Seheberu: “bona bo le bong,” ha a bua ka bophelo ba hae.
Ka Seheberu: “matsohong.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “Lipelo tsa lona li ke li phele.”
Ka Seheberu: “Peo.”
Kapa mohlomong: “metsing a khutsitseng.”
Kapa: “lia ntšelisa.”
Kapa: “khatholla.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bophelo ba ka,” e leng bophelo ba Jehova boo motho a ikanang ka bona.
Kapa: “toka.”
Kapa: “Emang.”
Kapa: “ho tloha mehleng ea khale.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “letlooeng.”
Kapa: “maikutlo a ka a ka hare-hare.” Ka Seheberu: “liphio tsa ka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lule le.”
Kapa: “Ke qoba batho ba ikhakanyang.”
Ka Seheberu: “ho lula.”
Kapa: “le babolai.”
Ka Seheberu: “Ntopolle.”
Kapa: “ke nahanisise ka.”
Kapa: “sehalalelo.”
Kapa mohlomong: “Ka sebele ke na le tumelo ea hore ke tla bona molemo oa Jehova naheng ea ba phelang.”
Kapa: “ ’me pelo ea hao e tiee.”
Kapa: “sekoting.”
Kapa: “Rapelang.”
Kapa mohlomong: “ka lebaka la bokhabane ba khalalelo ea hae.”
Ho bonahala e le lithaba tsa Lebanone.
Kapa: “holim’a leoatle la leholimong.”
Kapa: “nkhula.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lebitleng.”
Ka Seheberu: “sehopotso sa hae se halalelang.”
Kapa: “lebitleng.”
Kapa: “Inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Ka Seheberu: “letlooeng.”
Kapa: “Molimo ea tšepahalang.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sebakeng se seholo.”
Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lipelo tsa lona li tiee.”
Kapa: “tšoaretsoeng.”
Kapa: “masapo a ka a ne a khathala.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Lebohang.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moea o halalelang.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “Likeletso.”
Kapa: “ea etsa hore motho a hlole.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “le hlomme liahelo ho pota-pota.”
Kapa: “ba nyahameng.”
Kapa: “Litsietsi.”
Hangata li ne li tšoaroa ke batho ba betsang metsu.
Kapa: “selepe se rathang ka nģa tse peli.”
Kapa: “letlooa.”
Kapa: “e ne e khutlela sefubeng sa ka.”
Kapa mohlomong: “Ba sa lumeleng ho Molimo baa ntšoma ka lebaka la sengoathoana sa bohobe.”
Ka Seheberu: “bona bo le bong,” ha a bua ka bophelo ba hae.
Kapa: “nahanisisa.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “joaloka lithaba tsa Molimo.”
Kapa: “boloka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Rolela tsela ea hao ho eena.”
Kapa mohlomong: “U se ke oa halefa kaha seo se ka baka kotsi.”
Ka Seheberu: “o tsikitlanya meno.”
Kapa: “bohobe.”
Kapa: “ka lentsoe le tlase.”
Kapa: “ea lulang a tšepahala.”
Ka Seheberu: “Ha ho na khotso masapong a ka.”
Kapa mohlomong: “Bao e leng lira tsa ka ntle ho lebaka ba bangata.”
Ka Seheberu: “bophara ba liatla.”
Ka Seheberu: “O etsa lerata.”
Kapa: “’moto.”
Kapa: “ke ile ka leta ka mamello.”
Kapa: “a inamela tlase hore a ntšekehele tsebe.”
Kapa: “thabele.”
Ka Seheberu: “moqolong oa buka.”
Kapa: “batla.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “thabeng e nyenyane.”
Kapa mohlomong: “Lira tsa ka li ’nyefola joalokaha eka li roba masapo a ka.”
Ka Seheberu: “le ka leseli la sefahleho sa hao.”
Kapa: “Etsa.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Likhahla.”
Ka Seheberu: “Mesebetsi ea ka.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “atlehe.”
Ka Seheberu: “o ruta.”
Ka Seheberu: “Molimo ke terone ea hao.”
Ka Seheberu: “Ka hare.”
Kapa mohlomong: “liaparo tse lohiloeng ka mokhabiso.”
Kapa: “ke sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa mohlomong: “lithebe.”
Kapa: “lenaka la ramo; terompeta.”
Kapa: “Letsetsang Molimo ’mino.”
Ka Seheberu: “Lithebe.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Ka Seheberu: “Barali.”
Kapa mohlomong: “ho fihlela re shoa.”
Kapa: “sekoting.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “matleng a Lebitla; Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Molimo, Ea Matla ’Ohle, Jehova.”
Ka Seheberu: “lipoli tse tona.”
Kapa: “litaelo.”
Kapa mohlomong: “lea le thusa.”
Kapa: “Le senya lebitso la.”
Kapa: “sebe sa ka se ka pel’a ka kamehla.”
Ka Seheberu: “uena feela.”
Kapa: “Patela libe tsa ka sefahleho sa hao.”
Kapa: “nyatsa.”
Kapa: “itšireletsa ka.”
Ka Seheberu: “litsietsi tseo a ipaketseng tsona.”
Kapa: “o tla ba le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Ba tla tšoha ntle ho lebaka.”
Kapa: “U buelle nyeoe ea ka.”
Ka Seheberu: “Ba khutsise.”
Kapa: “U se ke oa ipata ha ke u rapela ke kopa thuso.”
Kapa: “ferekanya puo ea bona.”
Kapa: “motho ea lekanang le ’na.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ntopolla.”
E leng motsoalle eo ho builoeng ka eena temaneng ea 13 le ea 14.
Kapa: “nkomanya.”
Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.
Kapa: “letlooa.”
Kapa: “Ke u letsetse ’mino.”
Kapa: “Lerato la hao le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ho tloha ka popelong.”
Ka Seheberu: “e qhibilihang ha e ntse e tsamaea.”
Kapa: “rora.”
Kapa: “u sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “rore.”
Kapa: “Khahla.”
Kapa mohlomong: “U file.”
Kapa: “ba u tšabang.”
Kapa mohlomong: “sebakeng sa hae se halalelang.”
Kapa: “Phula.”
Ka Seheberu: “sebaka se sireletsehileng.”
Ka Seheberu: “moqathatso.”
Kapa mohlomong: “sirelelitsoeng.”
Ka Seheberu: “U tla mo ekeletsa matsatsi.”
Kapa: “letsetsa lebitso la hao ’mino.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa mohlomong: “Kaofela ha lona, joalokaha eka ke lerako le sekameng, lerako la majoe le haufi le ho oa.”
Kapa: “theole seriti.”
Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ithorisa.”
Kapa: “Ba hlohlelletsana hore ba etse lintho tse mpe.”
Kapa: “ithorisa.”
Kapa: “sehalalelo.”
Kapa: “Liphula.”
Kapa: “Letsetsang.”
Kapa: “therekele.”
Ka Seheberu: “hate lihlooho.”
Kapa: “lipoli tse tona.”
Kapa: “hlompha.”
Kapa: “letsetsang.”
Kapa mohlomong: “marung.”
“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Ka Seheberu: “moahloli.”
Kapa: “marabele a.”
Kapa mohlomong: “masakeng a linku.”
Kapa: “e botala bo bosehla.”
Kapa: “E ne eka lehloa le khethehile Zalmone.”
Kapa: “thaba e kholo haholo.”
Kapa: “lakatsang.”
Kapa mohlomong: “ba hatakela.”
Kapa mohlomong: “Baemeli ba tla tsoa.”
Kapa: “Letsang ’mino.”
Ka Seheberu: “marung.”
Kapa: “Likhahla.”
Kapa: “Ba ntlhoileng ntle ho lebaka.”
Kapa mohlomong: “Ha ke ne ke lla, ke itima lijo.”
Ka Seheberu: “nketsa maele.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sekoti.”
Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ebile ke haufi le ho nyahama.”
Kapa: “semela se chefo.”
Kapa: “litente tsa bona tse pota-potiloeng ke lerako.”
Kapa: “bukeng ea bophelo.”
E leng naha.
Kapa: “Inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Kapa: “li bala.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Kapa: “metsing a tebileng.”
Kapa: “u letsetsa ’mino.”
Kapa: “nahanisisa.”
Ka Seheberu: “ahlolele.”
E leng ea Eufrate.
Ka Seheberu: “Lira tsa hae li tla nyeka lerole.”
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba ikakasang.”
Kapa: “limpa tsa bona li tenya.”
Kapa: “a ruruhile.”
Ka Seheberu: “nonne.”
Ka Seheberu: “batho ba hae.”
Ka Seheberu: “hloea.”
Ka Seheberu: “liphiong tsa ka.”
Kapa: “ke kabelo ea ka.”
Ka Seheberu: “khutsisa.”
Kapa: “ho se tšepahale.”
Ka Seheberu: “phutheho ea hao.”
Kapa: “Libaka tsohle tseo Molimo a rapeloang ho tsona.”
Kapa: “ka har’a seaparo sa hao.”
Ka Seheberu: “Lebitso la hao le haufi.”
Ka Seheberu: “Le se ke la phahamisa lenaka la lona.”
Ka Seheberu: “Le se ke la phahamisetsa lenaka la lona holimo.”
Ka Seheberu: “le litšifa tsa eona.”
Kapa: “letsetsa.”
Ka Seheberu: “Ke tla khaola manaka.”
Ka Seheberu: “manaka a ba lokileng a tla phahamisoa.”
Ka Seheberu: “Ba robetse.”
Ka Seheberu: “robetse.”
Kapa: “pina ea ka ea seletsa se likhoele.”
Kapa: “ntlhabang.”
Ka Seheberu: “lopolotse.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Ka Seheberu: “Ka letsoho la.”
Kapa: “taelo.”
Kapa: “khopotso.”
Ka Seheberu: “o sa lokisa lipelo tsa oona.”
Kapa: “letamo.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mangeloi.”
Kapa: “Mopheteletsi.”
Ka Seheberu: “A koahela.”
Kapa mohlomong: “Hore moea oa tsoa ’me ha o khutle.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Ka Seheberu: “lopolla.”
Mofuta oa ntsintsi e lomang.
Kapa mohlomong: “feberu e chesang.”
Kapa: “ho etsa hore a boulele.”
Ka Seheberu: “Baroetsana ba hae ha baa ka ba rorisoa.”
Ka Seheberu: “A haha sehalalelo sa hae feela joaloka libaka tse phahameng.”
Ka Seheberu: “koahele.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Kapa mohlomong: “lokolla.”
Kapa: “Likhahla.”
Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”
E leng ea Eufrate.
Kapa: “kutu ea sefate sa morara.”
Kapa: “lekala leo.”
Ka Seheberu: “ka khalemelo ea sefahleho sa hao.”
Kapa: “puo.”
Ho bonahala ho buuoa ka libaskete tseo makhoba a neng a jara lintho ka tsona ha ho hahoa.
Ka Seheberu: “ke le sebakeng se patehileng sa sealuma.”
E bolelang: “Ho Qabana.”
Ka Seheberu: “mo” e emelang batho ba Molimo.
Ka Seheberu: “koro e nonneng.”
Kapa: “ba tšoanang le Molimo.”
Kapa: “Ahlolelang.”
Ka Seheberu: “bana ba se nang bo-ntate.”
Kapa: “ba tšoanang le Molimo.”
Kapa: “ba phahamisa lihlooho.”
Ka Seheberu: “ba patiloeng.”
Kapa: “Ba entse selekane.”
Kapa: “khohlong.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “baeta-pele.”
Kapa: “rateha.”
Kapa: “khohlong ea lihlahla tsa bakha.”
Kapa mohlomong: “Morupeli o ikapesa.”
Kapa mohlomong: “Molimo, sheba thebe ea rona.”
Ka Seheberu: “koahetse.”
Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “katleho.”
Kapa: “inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mosa.”
Kapa: “ea nang le ’nete.”
Kapa: “Inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lebitleng.”
Kapa: “Abadone.”
Kapa: “u mphuralla?”
Kapa mohlomong: “ka nako e le ’ngoe.”
Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “terone.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “leseling la sefahleho sa hao.”
Ka Seheberu: “Lenaka la rona le phahame.”
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “Lenaka la hae le tla phahama.”
Kapa: “bolaoli.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “likahlolo.”
Kapa: “ba mphetohetse.”
Ka Seheberu: “Peo.”
Ka Seheberu: “e le paki e tšepahalang.”
Ka Seheberu: “U phahamisitse letsoho le letona la lira tsa hae.”
Kapa: “a ka lopolla bophelo ba hae matleng a Lebitla kapa Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “sebaka se sireletsehileng.”
Kapa: “u le hlahisa joalokaha eka ke ka bohloko ba pelehi.”
Ka Seheberu: “U behile liphoso tsa rona ka pel’a hao.”
Kapa: “Matsatsi a rona.”
Kapa: “Re rute ho bala matsatsi a rona.”
Kapa: “tiisa.”
Kapa: “O tla thibela hore u se ke oa atameloa.”
Kapa mohlomong: “sebaka se sireletsehileng.”
Kapa: “letsetsa.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “litlama-tlama.”
Ka Seheberu: “lenaka.”
Kapa: “Naha e behang.”
Kapa: “Likhopotso.”
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Ka Seheberu: “hlommeng.”
Kapa: “baahloli.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Ka Seheberu: “khutsisa.”
Ka Seheberu: “ka pel’a sefahleho sa hae.”
Ka Seheberu: “tsa letsoho la hae.”
E bolelang “Ho Qabana.”
E bolelang “Ho Leka, Teko.”
Kapa: “ho hlompheha.”
Kapa: “Rapelang.”
Kapa mohlomong: “ka lebaka la botle ba khalalelo ea hae.”
Kapa: “la sisinngoa.”
Kapa: “buella nyeoe ea.”
Kapa: “o tlile.”
Kapa: “rapele.”
Ka Seheberu: “Barali.”
Ka Seheberu: “sehopotso.”
Kapa: “O hlotse ka.”
Kapa: “Molimo oa rona oa hlola.”
Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”
Kapa: “tšabeha.”
Kapa: “rapele.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Ka Seheberu: “oa iphetetsa.”
Kapa: “rapele.”
Kapa mohlomong: “ha se rona ba ikentseng.”
Kapa: “letsetsa.”
Kapa: “ke hloke molato.”
Kapa: “tse se nang molemo.”
Kapa: “Liketso tsa bona ha li ntšoaetse.”
Kapa: “felisa.”
Kapa: “Ea tšepahalang.”
Ka Seheberu: “ka pel’a mahlo a ka.”
Kapa: “felisa.”
Kapa: “ha a felloa ke matla.”
Kapa: “Inamela tlase u ntšekehele tsebe.”
Kapa: “Masapo a ka a khomaretse nameng ea ka.”
Kapa: “kea feheloa.”
Kapa: “morubisi.”
Kapa mohlomong: “Ke fokotse.”
Kapa: “ba nketsang sethoto.”
Kapa: “o otlolohang.”
Kapa: “lebitso la hao.” Ka Seheberu: “sehopotso sa hao.”
Ka Seheberu: “boptjoa.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa: “sekoting.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “o ba bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Sebaka sa eona ha se sa tla hlola se e tseba.”
Ka Seheberu: “A utloang (molumo) oa lentsoe la hae.”
Kapa: “seriti.”
Ka Seheberu: “ka metsing.”
Ka Seheberu: “meea e matla.”
Kapa: “la sisinngoa.”
Kapa: “liphuleng.”
Ka Seheberu: “ha u bula seatla sa hao.”
Kapa: “moea.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Lintho tseo ke li nahanisisang ka eena e ke e be tse khahlisang.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa mohlomong: “Le bue ka.”
Kapa: “litloholo.” Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “Lentsoe leo a le laetseng.”
Kapa: “bohobe.”
Ka Seheberu: “A roba melamu eohle ea bohobe.” Mohlomong ho buuoa ka melamu e neng e sebelisetsoa ho fanyeha bohobe.
Ka Seheberu: “ba utloisa maoto a hae bohloko.”
Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le bua ka ho hloekisa tšepe ka ho e qhibilihisa.
Ka Seheberu: “Hore a tlame.”
Mofuta oa ntsintsi e lomang.
Kapa: “malakabe a mollo.”
Kapa: “lifeiga.”
Linonyana tse nyenyane tse tenya.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “ke ithorise.”
Kapa: “utloisisa.”
Kapa: “lefeelleng.”
Kapa: “a sala.”
Kapa: “seemahale se entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
E leng mahlabelo a etsetsoang bafu kapa melimo e sa pheleng.
E bolelang “Ho Qabana.”
Ka Seheberu: “ea e-ba leraba ho bona.”
E leng ho etsa botekatse ba tšoantšetso kapa ho sebeletsa melimo e meng.
Kapa: “a ikutloe a soabile.”
Kapa: “Ha ho be joalo!”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “lopolotsoeng.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba khoptjoa.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “haufi le likeiti tsa lefu.”
Ka Seheberu: “setulong sa.”
Kapa: “naha ea letsoai.”
Kapa: “o beha holimo,” e leng moo ho leng thata ho fihlella teng.
Kapa: “letsetsa.”
Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “a le sebakeng sa hae se halalelang.”
Kapa: “Phula.”
Ka Seheberu: “sebaka se sireletsehileng.”
Ka Seheberu: “moqathatso.”
Kapa: “Moqosi.”
Kapa: “khopo.”
Ka Seheberu: “Bara.”
Ka Seheberu: “bana ba se nang ntate.”
Ka Seheberu: “Bara.”
Kapa: “ea mo bontšang lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bana ba se nang ntate.”
Kapa: “a bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Letlalo la ka ha le na mafura (oli).”
Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”
Ka Seheberu: “O tla ema ka letsohong le letona la.”
Ka Seheberu: “molamu oa matla a hao.”
Kapa: “Hlola.”
Ka Seheberu: “ho tsoa popelong ea mafube.”
Kapa: “a ke ke a ikoahlaea.”
Kapa: “ahlola har’a.”
Ka Seheberu: “hlooho.”
Kapa: “oa lefatše lohle.”
E leng “Morenaka” eo ho buuoang ka eena temaneng ea 1.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “mosa.”
Kapa: “Li tiisitsoe hantle.”
Ka Seheberu: “Motheo oa bohlale.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “hlomphang.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “Pelo ea hae e tsitsitse.”
Ka Seheberu: “Lenaka la hae le tla phahama.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Ea lulang teroneng.”
Kapa mohlomong: “qubung ea molora.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “sehalalelo.”
Ka Seheberu: “letamo le nang le lehlaka.”
Kapa: “e be thebe ea lona.”
Ka Seheberu: “bara.”
Kapa: “Moetsi.”
Ka Seheberu: “sebakeng se khutsitseng.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa mohlomong: “Kea rata hobane Jehova oa utloa.”
Kapa: “O inamela tlase hore a ntšekehele tsebe.”
Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”
Ka Seheberu: “mahlomola a Sheole a mphumane.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “Lefu la ba tšepahalang ke la bohlokoa haholo.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova
Kapa: “Meloko.”
Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “sebakeng se seholo.”
Kapa mohlomong: “hammoho le ba nthusang.”
Kapa mohlomong: “U ile oa ntšutumetsa ka matla.”
Kapa: “pholositsoe.”
Ka Seheberu: “hlooho ea sekhutlo.”
Ka Seheberu: “manakeng a aletare.”
Kapa: “ba se nang molato.”
Ka Seheberu: “Ekare litsela tsa ka li ka be li tiisitsoe ka thata.”
Ka Seheberu: “ho hloekisa tsela ea hae.”
Kapa: “likhopotso.”
Kapa: “ithuta.”
Kapa: “ke hlajoe ke lihlong.”
Kapa mohlomong: “u etsa hore pelo ea ka e be sebete.”
Kapa: “Ntsamaise.”
Kapa: “se buileng.”
Kapa mohlomong: “Seo u se tšepisitseng ba u tšabang.”
Kapa: “u buile.”
Kapa: “ke letetse.”
Kapa: “sebakeng se seholo.”
Kapa: “ntšepisitseng.”
Kapa: “Seo u entseng hore ke se letele.”
Kapa: “Ka tlung eo ke lulang ho eona ke le molichaba.”
Kapa: “ke kabelo ea ka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ke ne ke etsa sebe ka phoso.”
Kapa: “ke letetse lentsoe la hao.”
Kapa mohlomong: “ka mashano.”
Kapa: “ke letetse lentsoe la hao.”
Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.
Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “e pharaletse haholo.”
Ka Seheberu: “mahalapeng.”
Ka Seheberu: “linyehelo tsa boithaopo tsa molomo oa ka.”
Kapa: “e le lefa la ka la ka ho sa feleng.”
Kapa: “ba lipelo li sa fellang.”
Kapa: “ke letetse lentsoe la hao.”
Kapa: “joalokaha u buile.”
Kapa: “seo u se buileng.”
Kapa: “khauta e hloekisitsoeng.”
Ka Seheberu: “ho latela kahlolo ea hao.”
Kapa: “Etsa hore mehato ea ka e tsitse.”
Ka Seheberu: “Ntopolle.”
Kapa: “ke letetse mantsoe a hao.”
Kapa: “boitšoaro bo nyonyehang.”
Kapa: “Tsamaisa nyeoe ea ka.”
Kapa: “therekele.”
“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “marakong a sirelelitsoeng ka thata.”
Ka Seheberu: “Lere la borena la bokhopo.”
Kapa: “liphula tse ka boroa.”
Kapa: “bara.”
Kapa: “Bara.”
Mohlomong ho buuoa ka bo-ntate.
Mohlomong ho buuoa ka bara.
“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “bala.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
E leng ha ngoana a tlohelisitsoe ho nyanya.
Kapa: “tabernakele e kholo.”
Kapa: “tabernakeleng ea hae e kholo.”
Kapa: “Ke tla apesa baprista ba eona poloko.”
Ka Seheberu: “phahamisa lenaka.”
Kapa mohlomong: “Ka sehalalelong.”
Ka Seheberu: “Moetsi.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Letsetsang.”
Kapa: “letlotlo la hae.”
Kapa: “moholi.”
Kapa mohlomong: “mekoallo ea metsi.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa: “lebitso.” Ka Seheberu: “sehopotso.”
Kapa: “buella nyeoe ea.”
Kapa: “Lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ka likoto.”
Kapa mohlomong: “le omelle.”
Kapa mohlomong: “Ke tla nyatsa melimo e meng ka hore ke u qapele ’mino.”
Kapa: “sehalalelo.”
Kapa mohlomong: “U bontšitse hore litšepiso tsa hao li kholo ho feta lebitso la hao.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “oa mpopa.”
Ka Seheberu: “Ke lohuoa botebong ba lefatše.”
Ka Seheberu: “ke ntse ke e-na le uena.”
Kapa: “ba molato oa mali.”
Kapa: “ho ea ka seo ba se nahanneng.”
Kapa: “tse ntlhokisang botsitso.”
Ka Seheberu: “U sireletsa hlooho ea ka.”
Kapa: “Ka likoting tsa metsi.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ea mponang.”
Ka Seheberu: “kabelo.”
Kapa: “ea lokileng.”
Kapa: “ithuta.”
Kapa: “sekoting.”
Kapa: “naheng ea ba lokileng.”
Ka Seheberu: “Khutsisa.”
Kapa: “u na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “koba.”
Kapa: “a pholohe.”
Kapa: “matlo a polokelo.”
Kapa: “tsa phatloha.”
Kapa: “matla.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “khotsofatsa takatso ea.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “bahlomphehi.”
Ka Seheberu: “ba tlamiloeng.”
Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “leqhoa.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
Kapa: “tse phefumolohang.”
Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.