Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Esaia 1:1-66:24
  • Esaia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Esaia
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Esaia

ESAIA

1 Ena ke pono eo Esaia*+ mora oa Amoze a ileng a e bona mehleng ea Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase,+ marena a Juda ka se tla etsahalla Juda le Jerusalema:+

 2 Utloang, lona ba maholimong le ba lefatšeng,+

Jehova o itse:

“Ke hlokometse bana le ho ba holisa+

Empa ba mphetohetse.+

 3 Poho e tseba mong’a eona hantle

Le tonki e tseba hantle moo mong’a eona a e fepelang teng

Empa Baiseraele ha ba ntsebe,*+

Sechaba sa ka ha se na kutloisiso.”

 4 Ho malimabe sechaba se nang le sebe,+

Batho ba imetsoeng ke phoso,

Sehlopha sa batho ba khopo, bana ba bolileng.

Ba lahlile Jehova,+

Ba telletse Mohalaleli oa Iseraele.

Ba mo furaletse.

 5 Le tla otloa hokae hape ha borabele ba lona bo ntse bo e-hloa mekoalaba?+

Lihlooho tsa lona lia kula

Le lipelo tsa lona lia kula.+

 6 Ho tloha hloohong ho ea tsoa leotong, ha ho letho le phetseng hantle.

Hohle le tletse maqeba, matetetso le metopa.

Ha ea folisoa,* ha ea tlamisoa kapa hona ho thapisoa ka oli.+

 7 Naha ea lona e senyehile,

Metse ea lona e chesitsoe ka mollo.

Basele ba ja lihlahisoa tsa naha ea lona le ntse le ba shebile.+

E ripitliloe ekare e sentsoe ke lira.+

 8 Morali oa Sione o siiloe joaloka lephephe serapeng sa morara

Joaloka mokhoro* tšimong ea likomkomere

Le joaloka motse o thibeletsoeng.+

 9 Hoja Jehova oa mabotho a se ke a re siela baphonyohi ba seng bakae,

Re ka be re bile feela joaloka Sodoma

Hape re ka be re tšoana le Gomora.+

10 Utloang lentsoe la Jehova, lona bahatelli* ba Sodoma.+

Mamelang molao* oa Molimo oa rona, lona batho ba Gomora.+

11 Jehova o re: “Mahlabelo a lona a mangata a ntsoela molemo oa eng?+

Ke khathetse ke linyehelo tsa lona tsa secheso tsa liramo+ le mafura a liphoofolo tse fepehileng hantle+

Ebile ha ke khahloe ke mali+ a lipohoana,+ likonyana le lipoli.+

12 Ha le tla ka pel’a ka,+

Ke mang ea le kopileng

Ho tla hatakela mabala a ka?+

13 Khaotsang ho tlisa linyehelo tsa lijo* tse se nang thuso.

Ke nyonya libano tsa lona.+

Le keteka likhoeli tse thoasitseng+ le lisabatha+ ebile le etsa likopano+

Empa nke ke ka mamella boloi+ hammoho le phutheho ea lona e hlomphehang.

14 Ke hloile mekete ea lona ea likhoeli tse thoasitseng le mekete ea lona e meng.

Li fetohile moroalo ho ’na,

Ke khathetse ke ho li mamella.

15 Ha le otlolla matsoho,

Ke le patela mahlo.+

Le hoja le etsa lithapelo tse ngata,+

Ha kea mamela.+

Matsoho a lona a khenathetse mali.+

16 Itlhatsoeng, itlhoekiseng,+

Tlosang mesebetsi ea lona e khopo mahlong a ka.

Khaotsang ho etsa bobe.+

17 Ithuteng ho etsa lintho tse lokileng, sebetsang lintho ka toka,+

Khalemelang mohatelli,

Sireletsang litokelo tsa khutsana,*

Le buelle mohlolohali nyeoeng.”+

18 Jehova o re: “Tloong re lokiseng litaba.+

Le hoja libe tsa lona li le khubelu,

Li tla ba tšoeu joaloka lehloa.+

Le hoja li le khubelu tlere!

Li tla ba tšoeu joaloka boea.

19 Haeba le ikemiselitse ho mamela ’me le fela le mamela,

Le tla ja lintho tse monate tsa naha.+

20 Empa haeba le hana ’me le mphetohela,

Le tla jeoa ke sabole+

Etsoe Jehova o cho joalo ka molomo oa hae.”

21 Motse o tšepahalang+ o fetohile mosali oa letekatse.+

O ne a tletse toka.+

Ho loka ho ne ho lula ho eena+

Empa hona joale ho lula babolai.+

22 Silevera ea hao e fetohile manya.*+

Joala* ba hao bo hlapolotsoe ka metsi.

23 Babusi ba hao ba manganga ’me ke metsoalle ea masholu.+

Kaofela ha bona ba rata tjotjo ebile ba lelekisa limpho.+

Ha ba ahlolele likhutsana* ka toka.

Le nyeoe ea mohlolohali ha e fihle ho bona.+

24 Ka hona Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,

Ea Matla oa Iseraele o re:

“Ho lekane! Ke tla itokolla ho bahanyetsi ba ka

Ke be ke iphetetse ho lira tsa ka.+

25 Ke tla u tlisetsa kotlo,

Ke u qhibilihise ke u tlose manya kaofela,

Ke tla tlosa litšila tsa hao kaofela.+

26 Ke tla u fa baahloli hape,

Ke u fe le baeletsi joaloka qalong.+

Joale u tla bitsoa Motse oa ho Loka, Motse o Tšepahalang.+

27 Sione o tla lopolloa ka toka+

Le batho ba hae ba khutlang, ba lopolloe ka ho loka.

28 Marabele le baetsalibe ba tla bolaoa,+

Ba furallang Jehova ba tla fela.+

29 Ba tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la lifate tse kholo tseo u li ratang+

’Me u tla soaba ka lebaka la lirapa* tseo u li khethileng.+

30 U tla ba joaloka sefate se seholo seo makhasi a sona a ponang+

Le joaloka serapa se se nang metsi.

31 Monna ea matla o tla fetoha thapo,*

Mosebetsi oa hae e be tlhase.

Ka bobeli ba tla cha ’moho,

Ho se na ea ba timang.”

2 Ena ke ntho eo Esaia mora oa Amoze a ileng a e bona e neng e tla etsahalla Juda le Jerusalema:+

 2 Matsatsing a ho qetela,*

Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona

E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,+

E phahamele maralla.

Lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+

 3 Lichaba tse ngata li tla ea ebe li re:

“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,

Ntlong ea Molimo oa Jakobo.+

O tla re ruta litsela tsa hae

Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”+

Molao o tla tsoa Sione

Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+

 4 O tla ahlola har’a lichaba,

A lokise litaba lichabeng tse ngata.

Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,

Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+

Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,

Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+

 5 Tloong lona ba ntlo ea Jakobo,

Re tsamaeeng leseling la Jehova.+

 6 Molimo, u furaletse batho ba hao, ba ntlo ea Jakobo+

Kaha ba nkile meetlo e mengata ea Bochabela.

Ba sebelisa boselamose+ joaloka Bafilista

Ebile ba lula le balichaba ba bangata.

 7 Naha ea bona e tletse silevera le khauta,

Matlotlo a bona a mangata haholo.

Naha ea bona e tletse lipere

Le likariki tsa bona li ngata haholo.+

 8 Naha ea bona e tletse melimo e se nang thuso.+

Ba inamela mosebetsi oa matsoho a bona,

O entsoeng ka menoana ea bona.

 9 Baa inama ’me baa tlotloloha,

U ke ke oa ba tšoarela.

10 Kenang ka lefikeng ’me le ipate leroleng

Ka lebaka la ho tšaba matla a Jehova,

Boholo ba hae le khalalelo ea hae.+

11 Motho ea ikhohomosang o tla theoleloa tlase,

Batho ba ikhohomosang ba tla kokobetsoa.

Ke Jehova feela ea tla phahamisoa letsatsing leo.

12 Leo ke letsatsi la Jehova oa mabotho.+

Le tlela bohle ba ikhohomosang le ba phahameng

Le bohle, ebang ba maemong a holimo kapa a tlase,+

13 Le likedare tsohle tsa Lebanone tse holimo le tse phahameng

Le lifate tsa ouku* tsa Bashane.

14 Le lithaba tsohle tse phahameng

Le maralla ’ohle a phahameng.

15 Le litora tsohle tse phahameng le marako ’ohle a tiileng.

16 Le likepe tsohle tsa Tarshishe+

Le likepe tsohle tse ntle.

17 Motho ea ikhohomosang o tla theoleloa tlase,

Batho ba ikhohomosang ba tla kokobetsoa.

Ke Jehova feela ea tla phahamisoa letsatsing leo.

18 Melimo e se nang thuso e tla felisoa ka ho feletseng.+

19 Batho ba tla kena ka mahaheng

Le ka mekoting+

Ka lebaka la ho tšaba matla a Jehova,

Boholo ba hae le khalalelo ea hae.+

Ha a nka khato lefatše le thothomela ke tšabo.

20 Letsatsing leo, batho ba tla nka melimo ea bona e se nang thuso ea silevera le khauta,

Eo ba neng ba iketselitse eona hore ba e inamele.

Ba tla e akhella litoeba le bo-’mankhane+

21 E le hore ba kene ka mekoting ea mafika

Ba ipate ka mapatsong a mafika,

Ka lebaka la ho tšaba matla a Jehova,

Boholo ba hae le khalalelo ea hae.

Ha a nka khato lefatše le thothomela ke tšabo.

22 Le se ke la tšepa motho

Ea phelisoang feela ke ho hema.*

U ka mo tšepa joang?

3 Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,

O amoha baahi ba Jerusalema le Juda ntho e ’ngoe le e ’ngoe,

Metsi le bohobe,+

 2 Monna ea matla le mohlabani,

Moahloli le moprofeta,+ senohe le moholo,

 3 Molaoli oa ba 50,+ mohlomphehi le moeletsi,

Setsebi sa boselamose le motho ea nang le tsebo ea ho laola linoha.+

 4 Ke tla etsa hore bashanyana e be likhosana tsa bona,

Ba busoe ke batho ba nkoang ke maikutlo.*

 5 Batho ba tla hatellana,

E mong a hatelle oa habo.+

Moshanyana o tla tsohela monna-moholo matla

Le motho ea khelloang fatše a telle ea hlomphuoang.+

 6 E mong le e mong o tla tšoara ngoan’abo ka tlung ea ntate oa hae ’me a re:

“U na le seaparo sa ka holimo. E-ba molaoli oa rona,

Busa sebaka sena se senyehileng.”

 7 Empa letsatsing leo, o tla ipelaetsa a re:

“Nke ke ka ba motlamisi oa maqeba a lona.*

Ha ke na bohobe kapa liaparo ka tlung ea ka.

Le se ke la nketsa molaoli oa batho.”

 8 Baahi ba Jerusalema ba khopiloe,

Baahi ba Juda ba oele

Hobane ba hanyetsa Jehova ka mantsoe le ka liketso,

Ba etsa lintho ka ho tella ka pel’a mahlo a Molimo ea hlomphehang.*+

 9 Lifahleho tsa bona lia bontša hore ba molato.

Kahoo, ba phatlalatsa sebe sa bona joaloka baahi ba Sodoma.+

Ha ba leke ho se pata.

Ba malimabe hobane ba ipakela tlokotsi.

10 Bolella batho ba lokileng hore lintho li tla ba tsamaela hantle.

Ba tla fumana moputso oa lintho tseo ba li etsang.*+

11 Ho malimabe motho ea khopo.

O tla oeloa ke tlokotsi,

O tla tšoaroa ka tsela eo a tšoereng ba bang ka eona.

12 Ha e le sechaba sa ka, bahatelli* baa se hlekefetsa,

Se busoa ke basali.

Sechaba sa ka, baeta-pele ba lona ba etsa hore le hlahlathele

Ebile baa le khelosa.+

13 Jehova o itokisetsa ho ahlola.

Oa ema hore a lihe kahlolo holim’a lichaba.

14 Jehova o tla ahlola baholo le likhosana tsa batho ba hae.

“Le chesitse serapa sa morara,

Lintho tseo le li utsoelitseng bafutsana li ka matlung a lona.+

15 Le se nka kae sebete sa ho hatella sechaba sa ka

Le ho hatella bafutsana?”+ ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho ea chong.

16 Jehova o re: “Kaha barali ba Sione baa ikhohomosa,

Ba tsamaea ba thamotse melala,

Ba bonya ka mahlo a bona, baa ikonka ha ba tsamaea

Hape ba llisa manyenenyene maotong,

17 Jehova o tla etsa hore basali ba Sione ba be le likhoo hloohong,

Jehova o tla ba phumola mafatla.+

18 Ka letsatsi leo, Jehova o tla tlosa mekhabiso ea bona ea matsohong,

E roaloang hloohong le e bopehileng joaloka khoeli,+

19 Masale, lifaha tsa matsohong le masira,

20 Lintho tse roaloang hloohong, lifaha tsa maotong le mabanta a ho ikhabisa*

Le libotlolo tse tšelang lioli tse nkhang hamonate le liroala,*

21 Masale a monoana le masale a nko,

22 Liaparo tse telele tse hlomphehang, liaparo tse kang mese, liaparo tsa ka holimo le lipache,

23 Liipone tsa letsoho+ le liaparo tsa line,*

Lituku le masira.

24 Ho tla ba le monko oa sebolu ho e-na le oa oli ea balsame,+

Ho be le ropo ho e-na le lebanta,

Ho be le lefatla+ ho e-na le moriri o lokisitsoeng hantle,

Ho be le seaparo se entsoeng ka lesela le hoashang*+ ho e-na le seaparo sa boleng bo phahameng,

Ho be le letšoao* le etsoang ka tšepe e chesang ho e-na le botle.

25 Banna ba hao ba tla bolaoa ka sabole,

Banna ba hao ba matla ba shoelle ntoeng.+

26 Batho ba lulang haufi le moo ho kenoang le teng ba tla utloa bohloko le ho sareloa.+

O tla lula a se na baahi ’me o tla lula fatše a hlorile.”+

4 Letsatsing leo, basali ba supileng ba tla tšoara monna a le mong+ ba re:

“Re tla ipatlela bohobe,

Re ipatlele le liaparo.

Re ikopela feela hore re bitsoe ka lebitso la hao

E le hore re tlosoe sekhobo.”*+

2 Letsatsing leo, lijalo tseo Jehova a li melisang li tla atleha ’me li tlokome. Baphonyohi ba Iseraele ba tla thaba le ho ba motlotlo ka litholoana tsa naha.+ 3 Mang kapa mang ea setseng Sione le ea siiloeng Jerusalema o tla nkoa a halalela, bohle ba Jerusalema ba ngotsoeng lethathamong la ba tla phela teng.+

4 Ha Jehova a hlatsoa litšila* tsa barali ba Sione+ ’me a tlosa mali* Jerusalema ka moea oa kahlolo le moea o chesang,*+ 5 Jehova o tla boela a etse leru le mosi motšehare le khanare ea mollo bosiu,+ hohle Thabeng ea Sione le sebakeng sa eona seo ho kopaneloang ho sona. Ho tla ba le tšireletso sebakeng sohle se khanyang. 6 Ho tla ba le lephephe le tla etsa moriti motšehare ha letsatsi le chesa,+ e be setšabelo le sebaka sa ho ipatela lifefo le lipula.+

5 Ke tla binela moratuoa oa ka pina.

Ke pina e buang ka moratuoa oa ka le tšimo ea hae ea morara.+

Moratuoa oa ka o ne a e-na le tšimo ea morara letsoapong le nang le mobu o motle.

 2 O ile a e lema ’me a tlosa majoe ho eona,

A hloma sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu ho eona,

A haha tora har’a eona

A ba a chekela sehatelo sa veine ho eona.+

O ne a tšepile hore sefate seo se tla hlahisa morara o monate

Empa sa hlahisa morara o mobe feela.+

 3 “Joale lona baahi ba Jerusalema le lona banna ba Juda,

Ka kopo ahlolang pakeng tsa ka le tšimo ea ka ea morara.+

 4 Ke’ng hape eo nka beng ke e entse bakeng sa tšimo ea ka ea morara

Eo ke sa e etsang?+

Ho tlile joang hore e hlahise morara o mobe

Empa ke ne ke lebeletse hore e hlahise morara o monate?

 5 Joale ke kopa ho le bolella

Hore na ke tla etsa’ng ka tšimo ea ka ea morara:

Ke tla tlosa lekhoakhoa la eona

’Me e tla chesoa.+

Ke tla heletsa lerako la eona

’Me e tla hatakeloa.

 6 Ke tla e etsa sebaka se lahliloeng.+

E ke ke ea hlaoloa kapa lifate tsa eona tsa morara tsa pongoa makala.*

E tla mela lihlahla tse meutloa le litlama-tlama+

Hape ke tla laela maru hore a se ke a e nesetsa pula.+

 7 Tšimo ea morara ea Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele.+

Batho ba Juda ke sefate sa morara seo a neng a se rata.

O ne a lebeletse toka+

Empa ho ne ho se na toka.

O ne a lebeletse ho loka

Empa a utloa seboko sa batho ba sotloang.”+

 8 Ho malimabe lona ba ikekeletsang matlo+

Le lona ba ikekeletsang masimo+

Ho fihlela ho se ho se letho le saletseng batho ba bang.

Le lula le le bang har’a naha.

 9 Ke utloile Jehova oa mabotho a hlapanya

Hore matlo a mangata e tla ba lithako,

A hloke baahi+

Le hoja a le maholo a bile a le matle.

10 Tšimo e kholo* e tla ntša lilithara tse 22* feela tsa veine

Le lilithara tse 220* tsa peo li ntše lilithara tse 22* feela.+

11 Ho malimabe ba tsohellang joala,+

Ba noang ho fihlela ka shoalane e le hore veine e ba tahe.

12 Ba na le harepa le seletsa se likhoele,

Moropa o monyenyane, lekolilo le veine meketeng ea bona.

Empa ha ba nahane ka mosebetsi oa Jehova

Ebile ha ba bone mosebetsi oa matsoho a hae.

13 Batho ba ka ba tla hapuoa

Ka lebaka la ho hloka tsebo.+

Banna ba bona ba hlomphehang ba tla lapa+

Le batho ba bona kaofela ba bolaoe ke lenyora.

14 Lebitla* le ikatolositse,

Le ahlamisitse molomo oa lona haholo.+

Botle ba hae,* batho ba hae ba bangata ba lerata le ba ratang menate

Ba tla theohela ho lona.

15 Motho o tla inama,

Motho o tla kokobetsoa

Le baikhohomosi* ba tla kokobetsoa.

16 Jehova oa mabotho o tla rorisoa ka lebaka la kahlolo* ea hae.

Molimo oa ’nete, Mohalaleli,+ o tla ikhalaletsa ka ho loka.+

17 Likonyana li tla fula joalokaha eka li lekhulong la tsona.

Balichaba ba tla ja lihlahisoa tsa libaka tse se nang baahi, tseo ho tsona ho kileng ha e-ba le liphoofolo tse nonneng.

18 Ho malimabe ba hulanyang phoso ea bona ka lithapo tsa bolotsana

Le ba hulanyang sebe sa bona ka liropo tsa kariki.

19 Ba re: “Ha a ke a potlakise mosebetsi oa hae.

O ke o tle kapele e le hore re o bone.

Morero* oa Mohalaleli oa Iseraele o ke o phethahale

E le hore re o tsebe.”+

20 Ho malimabe ba reng botle ke bobe, bobe ke botle,+

Ba reng lefifi ke leseli, leseli ke lefifi,

Ba reng ntho e babang e monate ’me e monate ea baba.

21 Ho malimabe ba iponang ba le bohlale

Le ba iponang ba na le temoho.+

22 Ho malimabe ba tummeng ka ho noa veine

Le ba tsebang ho tsoaka joala,+

23 Ba lokollang motho ea khopo ka lebaka la tjotjo+

Le ba sa sebeletseng motho ea lokileng ka toka.+

24 Feela joalokaha mollo o chesa litlhaka

’Me joang bo ommeng bo chesoa ke lelakabe,

Metso ea bona e tla bola

Le lithunthung tsa bona li fefohe joaloka phofo

Hobane ba hana ho mamela molao* oa Jehova oa mabotho,

Ba telletse lentsoe la Mohalaleli oa Iseraele.+

25 Ke ka lebaka leo Jehova a halefetseng batho ba hae haholo,

O tla phahamisa letsoho la hae a ba bolaee.+

Lithaba li tla tsukutleha,

Litopo tsa bona li tšoane le lithole tse seterateng.+

Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.

26 O phahamiselitse batho ba hole haholo letšoao,*+

O letselitse ba lulang lipheletsong tsa lefatše mololi.+

Ke bao ba tla ka potlako.+

27 Ha ho le ea mong oa bona ea khathetseng kapa ea khoptjoang.

Ha ho ea otselang kapa ea robalang.

Mabanta a mathekeng a bona a tiile

Le marapo a lieta* tsa bona ha a khaohe.

28 Metsu ea bona kaofela e bohale

Le liqha tsohle tsa bona li kobiloe.*

Litlhako tsa lipere tsa bona li thata joaloka lehakoe

Le mabili a likariki tsa bona a tšoana le moea oa sefefo.+

29 Ba rora joaloka tau,

Ba rora joaloka litau tse matla.+

Ba tla rora, ba tšoare phofu

Ba tsamaee ka eona ’me ho ke ke ha e-ba le motho ea e pholosang.

30 Letsatsing leo, ka mor’a hore ba e tšoare, ba tla e rorela

Ka lerata le kang la leoatle.+

Mang kapa mang ea shebang naha o tla bona lefifi le tšosang.

Le leholimo le tla fifala ka lebaka la maru.+

6 Selemong seo Morena Uzia a shoeleng ka sona,+ ka bona Jehova a lutse teroneng e holimo, e phahameng.+ Seaparo sa hae se ne se le selelele se tletse ka tempeleng. 2 Lirafime li ne li eme ka holim’a hae. Serafime ka seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng. Ka a mabeli se ne se ikoahela sefahleho, ka a mabeli se ikoahela maoto ’me ka a mabeli se fofa.

 3 Li ne li hoeletsana li re:

“Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.+

Lefatše lohle le tletse khanya ea hae.”

4 Likosene tsa menyako tsa thothomela ka lebaka la molumo oa mohoo* ’me ntlo ea tlala mosi.+

 5 Ka re: “Ho malimabe ’na.

Ho tšoana leha ke shoele*

Hobane ke motho ea molomo o sa hloekang

’Me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang.+

Mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho.”

6 Eaba se seng sa lirafime se fofela ho ’na, letsohong la sona se tšoere leshala le hlenneng+ leo se le nkileng aletareng ka tong.+ 7 Sa thetsisa leshala molomong oa ka ’me sa re:

“Leshala le thetsitse molomo oa hao.

Phoso ea hao e tlositsoe

Le sebe sa hao se tšoaretsoe.”*

8 Ka utloa lentsoe la Jehova le re: “Ke tla roma mang, ke mang ea tla ea bakeng sa rona?”+ Ka re: “Ke ’na enoa. Roma ’na.”+

 9 A re: “E-ea ’me u re ho batho bana:

‘Ho utloa le tla utloa ka makhetlo

Empa le ke ke la utloisisa.

Ho bona le tla bona ka makhetlo

Empa le ke ke la tseba letho.’+

10 Etsa hore batho bana ba be lihlooho* li thata.+

U koale litsebe tsa bona+

U koale le mahlo a bona

E le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona

Le ho utloa ka litsebe tsa bona,

E le hore ba se ke ba utloisisa*

Le hore ba se ke ba khutlela ho ’na eaba baa folisoa.”+

11 Eaba ke re: “E tla ba ho fihlela neng Jehova?” A re:

“Ho fihlela metse e heleha hore e be lithako, e hloke baahi.

Ho fihlela matlo a hloka batho

Le naha e senngoa hore e be lithako.+

12 Ho fihlela Jehova a suthisetsa batho hole+

Le naha e sala e se na baahi.

13 Empa ho tla ’ne ho be le karolo ea leshome ho eona ’me e tla boela e chesoe joaloka sefate se seholo le sefate sa ouku,* tseo ha li rengoa li bang le kutu. Peo* e halalelang e tla ba kutu ea eona.”

7 Mehleng ea Akaze+ morena oa Juda, mora oa Jothame, mora oa Uzia, Morena Rezine oa Siria le Peka+ mora oa Remalia morena oa Iseraele, ba hlasela Jerusalema empa ha baa ka ba* khona ho e hapa.+ 2 Ha tlaleheloa ba ntlo ea Davida ha thoe: “Siria e ikopantse le Efraime.”

Pelo ea Akaze le lipelo tsa batho ba hae tsa thothomela joaloka lifate tsa moru tse tsukutloang ke moea.

3 Jehova a re ho Esaia: “Ke kopa uena le mora oa hao Sheare-jashube*+ le tsamaee le khahlanyetse Akaze qetellong ea kotopo ea letamo le ka holimo,+ pel’a tsela e kholo e eang moo motho ea hlatsoang a sebetsang teng. 4 U tle u re ho eena: ‘Khoba matšoafo. U se ke oa tšoha ’me u se ke oa nyahamisoa pelo ke bohale bo tukang ba Rezine morena oa Siria le mora oa Remalia.+ Ba tšoana le litompo tse peli tsa patsi tse tukelang fatše. 5 Siria le Efraime le mora oa Remalia ba rerile ho u ntša kotsi, ba re: 6 “A re futuheleng Juda, re e harasoanye,* re ikhapele eona* ’me re etse mora oa Tabiele morena oa eona.”+

 7 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“Morero oa bona o ke ke oa atleha

Kapa oa phethahala.

 8 Motse-moholo oa Siria ke Damaseka

’Me morena oa Damaseka ke Rezine.

Pele ho feta lilemo tse 65,

Efraime e tla senngoa e fele ’me e ke ke ea hlola e e-ba sechaba.+

 9 Motse-moholo oa Efraime ke Samaria+

’Me morena oa Samaria ke mora oa Remalia.+

Ntle le hore le be le tumelo e matla,

Le ke ke la sireletseha.”’”

10 Jehova a boela a bua le Akaze a re: 11 “Kopa pontšo ho Jehova Molimo oa hao.+ E ka ba e tebileng joaloka Lebitla* kapa ea phahama joaloka leholimo.” 12 Empa Akaze a re: “Nke ke ka e kopa ebile nke ke ka leka Jehova.”

13 Eaba Esaia o re: “Ka kopo, mamelang lona ba ntlo ea Davida. Na le utloa ho sa lekana hore le leke mamello ea batho? Na le boetse le batla ho leka mamello ea Molimo?+ 14 Jehova o tla le fa pontšo ena: Moroetsana o tla ima, a tsoale mora+ ’me a mo rehe Emanuele.*+ 15 Nakong eo a khonang ho hana bobe le ho khetha ho lokileng, o tla be a se a ntse a ja botoro le mahe a linotši. 16 Le pele moshanyana eo a khona ho hana bobe le ho khetha se lokileng, naha ea marena a mabeli ao le a tšabang e tla be e se na baahi.+ 17 Jehova o tla bakela uena, batho ba hao le ba ntlo ea ntate oa hao mahlomola a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha mohla Efraime a arohanang le Juda+ hobane o tla tlisa morena oa Asiria.+

18 Ka letsatsi leo, Jehova o tla letsa mololi ho bitsa lintsintsi tse melatsoaneng e hole ea Nile e Egepeta le linotši tse naheng ea Asiria. 19 Li tla tla kaofela ’me li lule mapatsong a mafika, holim’a likhohlo* tse tebileng, holim’a lihlahla tsohle tsa meutloa le holim’a libaka tsohle tseo liphoofolo li noellang ho tsona.

20 Letsatsing leo, Jehova o tla le beola lihlooho le mohoete o maotong, a be a kute le litelu tsa lona ka lehare le hiriloeng le tsoang sebakeng sa Noka* e leng morena oa Asiria.+

21 Letsatsing leo, motho o tla boloka khomo e nyenyane mohlapeng le linku tse peli li phela. 22 Ka lebaka la bongata ba lebese, o tla ja botoro hobane e mong le e mong ea setseng ka har’a naha o tla ja botoro le mahe a linotši.

23 Letsatsing leo, moo ho neng ho e-na le lifate tsa morara tse 1 000 tse rekoang ka likotoana tsa silevera tse 1 000, ho tla ba le lihlabahlabane le litlama-tlama feela. 24 Banna ba tla ea moo ka metsu le liqha hobane naha eohle e tla fetoha lihlahla tsa meutloa le litlama-tlama. 25 Lithaba tsohle tse neng li hlaoloa ka mohoma, u ke ke oa li atamela ka lebaka la ho tšaba lihlaba-hlabane le litlama-tlama. E tla ba libaka tseo lipoho li fulelang ho tsona le libaka tse hatakeloang ke linku.”

8 Jehova a re ho ’na: “Nka letlapa le leholo+ ’me u ngole ‘Mahere-shalale-hashe-baze’* ho lona. 2 Ke batla hore lipaki tse tšepahalang e leng moprista Uria+ le Zakaria mora oa Jeberekia, ba ngole hore ke lipaki tsa hore e ngotsoe.”

3 Joale ka robala* le moprofeta.* O ile a ima ’me ka mor’a nako a tsoala mora.+ Eaba Jehova o re ho ’na: “Mo rehe Mahere-shalale-hashe-baze. 4 Le pele moshanyana eo a tseba ho re, ‘Ntate!’ le ho re, ‘ ’Mè!’ maruo a Damaseka le thepa e hapuoeng Samaria li tla isoa ka pel’a morena oa Asiria.”+

5 Jehova a boela a bua le ’na a re:

 6 “Kaha batho bana ba hanne metsi a Siloe* a phallang hamonate,+

Ba thabela Rezine le mora oa Remalia,+

 7 Jehova o tla tlisa

Metsi a matla le a mangata a Noka* holim’a bona

E leng morena oa Asiria+ le matla ’ohle a hae.

O tla tlala likotopo tsohle tsa hae,

A koahele mabopo ’ohle a hae

 8 A fetele pele Juda.

O tla phalla, a fete a be a fihle molaleng.+

Mapheo a hae a phukalalitsoeng a tla koahela naha ea hao ka bophara,

Uena Emanuele.”*+

 9 Lona lichaba, le ka leka ho ba ntša kotsi empa le tla rojoa likoto.

Mamelang, lona bohle ba tsoang linaheng tse hole tsa lefatše.

Itokisetseng ntoa* empa le tl’o rojoa likoto.+

Itokisetseng ntoa empa le tl’o rojoa likoto.

10 Etsang morero empa o tla nyopisoa.

Buang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e batlang empa e ke ke ea atleha

Hobane Molimo o na le rona.*+

11 Jehova o ile a bua le ’na letsoho la hae le matla le le holim’a ka, a ntemosa hore ke se ke ka latela mekhoa ea batho bana a re:

12 “Ntho eo batho bana ba reng ke morero oa bolotsana, le se ke la e bitsa morero oa bolotsana.

Le se ke la tšaba ntho eo ba e tšabang.

E se ke ea le thothometsa.

13 Jehova oa mabotho ke Eena eo le lokelang ho mo nka a halalela,+

Ke Eena eo le lokelang ho mo tšaba

Ebile ke Eena ea lokelang ho etsa hore le thothomele.”+

14 O tla ba joaloka sebaka se halalelang.

Empa ho matlo a Iseraele ka bobeli

O tla ba joaloka lejoe le khopang+

Le joaloka lefika le tla ba thula.

Ho baahi ba Jerusalema

O tla ba joaloka sefi le leraba.

15 Ba bangata ho bona ba tla khoptjoa, ba oe ’me ba robehe.

Ba tla oela lerabeng ba tšoasoe.

16 Phuthang bopaki bo ngotsoeng.*

Bolokang molao o sirelelitsoe har’a barutuoa ba ka.

17 Ke tla lebella* Jehova,+ ea patelang ba ntlo ea Jakobo sefahleho sa hae+ ’me ke tla tšepa eena.

18 Naheng ea Iseraele, ’na le bana bao Jehova a mphileng bona+ re joaloka lipontšo+ le mehlolo e tsoang ho Jehova oa mabotho, ea lulang Thabeng ea Sione.

19 Haeba ba ka re ho lona: “Botsang batho ba reng ba buisana le bafu kapa ba reng ba bolela liketsahalo esale pele* ba hoeshetsang le ba buelang ka marameng,” na le tla be le nepa ha le etsa joalo? Na batho ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona? Na ba lokela ho botsa batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+ 20 Ba lokela ho mamela molao le bopaki bo ngotsoeng.*

Haeba ba sa bue ho ea ka mantsoe ana, ha ba na leseli.*+ 21 E mong le e mong o tla feta naheng a le tsietsing ’me a lapile.+ Kaha o lapile ebile o halefile, o tla rohaka morena oa hae le Molimo oa hae ha a sheba holimo. 22 O tla sheba lefatše ’me a bone feela mahlomola le lefifi, ho fifala le linako tse thata, botšo le ho hloka khanya.

9 Leha ho le joalo, lefifi leo le ke ke la tšoana le la ha naha e ne e le maqakabetsing, nakong eo naha ea Zabulone le ea Nefthali li neng li nyatsuoa.+ Empa hamorao O tla tlotla Galilea ea lichaba e leng karolo e pel’a leoatle, e ikhohlileng ka Jordane.

 2 Batho ba neng ba tsamaea lefifing

Ba bone leseli le leholo.

Ha e le ba lulang naheng e moriti o lefifi,

Ba chabetsoe ke leseli.+

 3 U entse hore sechaba se be le baahi ba bangata.

U entse hore se thabe haholo.

Baa thaba ka pel’a hao

Joaloka batho ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoeng

Le joalokaha batho ba thaba nakong ea kotulo.

 4 U robile joko eo ba jarang ka eona,

Oa roba le molamu o mahetleng a bona le lere la mohatelli

Joaloka letsatsing leo Midiane e hlotsoeng ka lona.+

 5 Seeta se seng le se seng se sisinyang lefatše ha se hata

Le seaparo se seng le se seng se khenathetseng mali

E tla ba libeso bakeng sa mollo.

 6 Re tsoaletsoe ngoana,+

Re filoe mora,

Puso* e tla lula lehetleng la hae.+

O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.

 7 Puso* ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola

Le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+

Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.

E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoa

Ka toka+ le ka ho loka,+

Ho tloha hona joale ho ea ho ile.

Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.

 8 Jehova o ile a romela molaetsa oa kahlolo ho Jakobo

’Me o tla phethahala ho Iseraele.+

 9 Batho bohle ba tla o tseba,

Efraime le baahi ba Samaria,

Bao ka boikhohomoso le ka ho tella* ba reng:

10 “Litene li oele

Empa re tla haha ka majoe a betliloeng.+

Lifate tsa sikamora li renngoe

Empa re tla sebelisa* likedare bakeng sa tsona.”

11 Jehova o tla lumella bahanyetsi ba Rezine hore ba mo hlasele,

A hlohlelletse lira tsa hae hore li mo tsohele matla,

12 Siria e hlaha ka bochabela le Bafilista ba hlaha ka bophirimela,*+

Ba tla bula melomo ea bona ba je Iseraele.+

Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

13 Batho ha baa khutlela ho Ea ba otlang.

Ha baa batla Jehova oa mabotho.+

14 Jehova o tla khaola

Hlooho le mohatla, lehlomela le loli* tsa Iseraele ka letsatsi le le leng.+

15 Motho ea holileng le ea hlomphehang haholo ke hlooho

’Me moprofeta ea rutang thuto ea bohata ke mohatla.+

16 Ba etellang batho bana pele ke bona ba etsang hore ba hlahlathele,

Ba etelloang pele ba ferekane.

17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a khahlisoa ke bacha ba bona,

A ke ke a hauhela likhutsana* tsa bona le bahlolohali ba bona.

Kaofela ha bona ke bakoenehi, ba etsa lintho tse khopo,+

Kaofela ha bona ba* bua lintho tse se nang kelello.

Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

18 Bokhopo bo tuka joaloka mollo,

Bo qeta lihlahla tsa meutloa le litlama-tlama.

Bo tla chesa mofero oa moru,

O kubelle mosi.

19 Naha e chesitsoe

Ka lebaka la khalefo ea Jehova oa mabotho.

Batho e tla ba libeso bakeng sa mollo.

Ha ho ea tla hauhela esita le ngoan’abo.

20 Motho o tla seha ka ho le letona

Empa o tla ’ne a lape.

O tla ja ka ho le letšehali

Empa a ke ke a khora.

E mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae,

21 Manase o tla ja Efraime

Le Efraime a je Manase.

Ba tla loantša Juda ba le ’moho.+

Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

10 Ho malimabe ba etsang melao ea tsamaiso e kotsi+

Le ba lulang ba ngola melao e hatellang,

 2 E le hore ba hanele bafutsana ka litokelo tsa bona tsa molao

Le hore bafutsana ba har’a sechaba sa ka, ba ba sebeletse ka ho hloka toka+

Hore ba nke thepa ea bahlolohali

Le hore ba tlatlape likhutsana.*+

 3 Le tla etsa’ng letsatsing leo le fumanang kotlo,*+

Ha timetso e tla e tsoa hole?+

Le tla balehela ho mang ho fumana thuso+

’Me le tla siea maruo* a lona hokae?

 4 Ha ho letho le tla etsahala haese hore motho a kokobele har’a batšoaruoa

Kapa hore a oele har’a ba bolailoeng.

Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohale

Ebile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+

 5 O re: “Bonang Moasiria,+

Ke molamu oo ke o sebelisang ho ntša bohale ba ka,+

Ke sebelisa lere le matsohong a hae ho fana ka kotlo.

 6 Ke tla mo romela hore a loantše sechaba sa bakoenehi,+

A hlasele batho ba nkhalefisitseng.

Ke tla mo laela hore a ba tlatlape, a hape thepa ea bona e ngata,

A ba hatakele joaloka seretse literateng.+

 7 Empa a ke ke a batla ho etsa joalo,

Pelo ea hae e ke ke ea rera ka tsela ena.

Ka pelong ea hae o rerile ho timetsa

Le ho felisa lichaba tse ngata eseng tse fokolang”

 8 Hobane o re,

‘Na likhosana tsa ka ha se marena kaofela?+

 9 Na Kalno+ ha e tšoane le Karkemishe?+

Na Hamathe+ ha e tšoane le Arpade?+

Na Samaria+ ha e tšoane le Damaseka?+

10 Ke hapile mebuso ea melimo e se nang thuso ka matla a ka,

Mebuso eo litšoantšo tsa eona li neng li le ngata ho feta tse Jerusalema le Samaria.+

11 Ntho eo ke e entseng ho Samaria le melimo ea hae e se nang thuso,

Ke tla e etsa le ho Jerusalema le litšoantšo tsa hae.’+

12 “Ha Jehova a qeta mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, O* tla otla morena oa Asiria hobane oa tella ebile oa ikhohomosa.+ 13 Hape morena oa Asiria o re,

‘Ke tla etsa joalo ka matla a ka

Le ka bohlale ba ka hobane ke bohlale.

Ke tla tlosa meeli ea lichaba,+

Ke tla li nkela matlotlo ka mahahapa,+

Ke lihe baahi joaloka ea matla.+

14 Ke tla nka maruo a lichaba ka matla a ka

Joalokaha motho a kenya letsoho ka har’a sehlaha.

Ke tla bokella ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng

Joalokaha motho a bokella mahe a setseng lepalapaleng.

Ho ke ke ha e-ba le ea phuphutsang mapheo kapa ea ahlamisang molomo kapa ea llang joaloka nonyana.’”

15 Na selepe se tla iphahamisetsa motho ea rathang ka sona?

Na sakha e tla iphahamisetsa motho ea sakhang ka eona?

Na lere+ le ka tsokotsa motho ea le phahamisang?

Kapa na molamu o ka phahamisetsa motho holimo empa a sa etsoa ka patsi?

16 Ka hona Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,

O tla otisa batho ba hae ba nonneng*+

’Me o tla besa mollo o tla chesa khanya ea Asiria.+

17 Khanya ea Iseraele+ e tla fetoha mollo+

’Me Mohalaleli oa eona e be lelakabe.

O tla tuka o chese litlama-tlama tsa hae le lihlahla tsa hae tsa meutloa ka letsatsi le le leng.

18 Molimo o tla felisa botle ba moru oa hae le ba tšimo ea hae ea lifate.

Ho tla tšoana le ha motho ea kulang a ntse a fokola butle-butle.+

19 Lifate tse ling kaofela tsa moru oa hae

Li tla ba nyenyane hoo moshanyana a tla khona ho li bala.

20 Letsatsing leo, ba setseng ba Iseraele

Le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo

Ha ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlileng+

Empa ba tla itšetleha ka Jehova,

Mohalaleli oa Iseraele, ka botšepehi.

21 Ho tla khutla ba setseng feela.

Ba setseng ba Jakobo ba tla khutlela ho Molimo ea Matla.+

22 Le hoja batho ba hao

Ba le joaloka lehlabathe la leoatle, uena Iseraele,

Ho tla khutla ba seng bakae feela har’a bona.+

Qeto ea ho felisa batho ba hao e se e entsoe+

’Me toka* e tla ba tlela joaloka sekhohola.+

23 Qeto e entsoeng ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, ea ho felisa batho ba hao

E tla phethahatsoa naheng eohle.+

24 Ka hona ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, o re: “Lona sechaba sa ka se lulang Sione, le se ke la tšaba Baasiria ba neng ba le shapa ka thupa+ le ba neng ba le phahamisetsa lere la bona joalokaha Egepeta e entse.+ 25 Ka mor’a nakoana e seng kae, khalefo ea ka e tla fela. Bohale ba ka bo tla kokobela ha ba se ba timelitsoe.+ 26 Jehova oa mabotho o tla ba tsokela sephali+ joalokaha a ne a hlola Midiane lefikeng la Orebe.+ Lere la Hae le tla ba holim’a leoatle ’me o tla le phahamisa joalokaha a ile a etsa ho Egepeta.+

27 Letsatsing leo mojaro oa Baasiria o tla tloha lehetleng la hao*+

Le joko ea bona e tlohe molaleng oa hao.+

Joko e tla robeha+ ka lebaka la oli.”

28 Ba futuhetse Ajathe,+

Ba fetetse pele Migrone,

Ba beha thoto ea bona Mikmashe.+

29 Ba fetile lelibohong,

Ba robala Geba,+

Rama ea thothomela, Gibea+ ea Saule e balehile.+

30 Bokolla ’me u hoeletse, morali oa Galime.

Hlokomela, uena Laisha.

Uena Anathothe,+ u otla pelo.

31 Madmena o balehile.

Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.

32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+

O tsokela baahi ba thaba ea Sione setebele

E leng leralla la Jerusalema.

33 Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,

O roba makala ’me o etsa lerata le tšabehang.+

Lifate tse telele ka ho fetisisa lia rengoa

Le tse phahameng lia kokobetsoa.

34 O rema lifate tsa moru o teteaneng ka selepe*

’Me Lebanone e tla lihuoa ke ea matla.

11 Ho tla hlaha lekala+ kutung ea Jese,+

Lehlomela+ le tsoang metsong ea hae le tla beha litholoana.

 2 Moea oa Jehova o tla ba le eena,+

Moea oa bohlale+ le oa kutloisiso,

Moea oa keletso le oa matla,+

Moea oa tsebo le oa ho tšaba Jehova.

 3 O tla thabela ho tšaba Jehova.+

A ke ke a ahlola ho ea ka ntho eo a e bonang

Kapa a khalemela feela ho ea ka ntho eo a e utloileng.+

 4 O tla ahlola bafutsana ka toka,*

A khalemele ka ho loka molemong oa ba bonolo ba lefatše.

O tla otla lefatše ka mantsoe a hae,*+

A bolaee ea khopo ka se tsoang molomong oa hae.*+

 5 Ho loka e tla ba lebanta thekeng la hae,

Botšepehi e be lebanta la letheka la hae.+

 6 Phiri e tla phomola le konyana,+

Lengau le bothe le potsanyane,

Namane, tau* le phoofolo e nonneng li be ’moho.*+

Moshanyana o tla li etella pele.

 7 Khomo e tla fula le bere,

Manamane a tsona a bothe ’moho.

Tau e tla ja joang joaloka poho.+

 8 Ngoana ea anyang o tla bapalla mokoting oa noha ea masumu,

Ngoana ea khoesitsoeng* a behe letsoho ka holim’a mokoti oa noha e chefo.

 9 Li ke ke tsa lematsa batho+

Kapa tsa baka tšenyo thabeng eohle ea ka e halalelang+

Hobane hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova,

Joalokaha metsi a koahela leoatle.+

10 Letsatsing leo, e mong ea tsoang lelapeng la Jese*+ o tla ema e le pontšo* bakeng sa lichaba.+

Lichaba li tla batla tataiso ho eena*+

’Me ho tla khanya moo a lulang.*

11 Letsatsing leo, Jehova o tla ithaopela ho bontša matla a hae ka lekhetlo la bobeli, bakeng sa ho lata batho ba hae ba setseng Asiria,+ Egepeta,+ Pathrose,+ Kushe,+ Elame,+ Shinare,* Hamathe le lihlekehlekeng tsa leoatle.+ 12 O tla phahamisetsa lichaba letšoao* ’me a bokelle ba qhalakantsoeng ba Iseraele.+ Ba hasantsoeng ba Juda o tla ba bokella ho tsoa likhutlong tse ’nè tsa lefatše.+

13 Mona oa Efraime o tla fela+

Le lira tsa Juda li felisoe.

Efraime e ke ke ea monela Juda

Kapa hore Juda e hlorise Efraime.+

14 Bajuda ba tla fofela lilomo* tsa Bafilista ka bophirimela,

Ba tlatlape batho ba Bochabela ba le ’moho.

Ba tla hlola* Edomo+ le Moabe+

’Me ba tla busa Baamone.+

15 Jehova o tla arola* kou* ea leoatle la Egepeta,+

A foke letsoho la hae holim’a Noka.*+

O tla otla linokana tsa eona* tse supileng ka moea oa hae,

A etse hore batho ba e tšele ba ntse ba roetse lieta.*

16 Ho tla ba le tsela e kholo bakeng sa batho+ ba hae ba setseng Asiria hore ba tsoe+

Feela joalokaha e ile ea e-ba teng mohla Iseraele e neng e tsoa naheng ea Egepeta.

12 Letsatsing leo u tla re:

“Kea u leboha, Jehova

Hobane le hoja u ne u nkhalefetse,

Butle-butle bohale ba hao bo ile ba kokobela ’me oa ntšelisa.+

 2 Molimo ke poloko ea ka.+

Ke tla mo tšepa ’me nke ke ka tšoha.+

Etsoe Jah* Jehova ke matla a ka le bonatla ba ka

Hape e bile poloko ea ka.”+

 3 Le tla kha metsi le thabile

Lilibeng tsa poloko.+

 4 Letsatsing leo le tla re:

“Lebohang Jehova, ipiletseng lebitsong la hae.

Tsebahatsang mesebetsi ea hae lichabeng.+

Bolelang hore lebitso la hae le phahamisitsoe.+

 5 Binelang Jehova lipina tsa thoriso+ hobane o entse lintho tse kholo.+

Le tsebise lefatše lohle.

 6 Lilietsang ’me le hoeletse le thabile, lona ba lulang* Sione

Hobane Mohalaleli oa Iseraele ea har’a lona o moholo.”

13 Ena ke kahlolo e tobisitsoeng ho Babilona+ eo Esaia+ mora oa Amoze a e boneng ponong:

 2 “Phahamisang letšoao*+ holim’a mafika.

Ba bitseng, fokang matsoho

Hore ba kene menyako ea bahlomphehi.

 3 Ke laetse bao ke ba khethileng.*+

Ke bitsitse masole a ka hore ke ntše bohale ba ka ka ’ona,

Masole a ka a thabileng, a motlotlo.

 4 Utloang! Ho na le letšoele lithabeng,

Ho utloahala lerata la batho ba bangata.

Utloang! Ho na le moferefere oa mebuso

Le oa lichaba tse bokaneng.+

Jehova oa mabotho o khobokanya lebotho bakeng sa ntoa.+

 5 Jehova o tla le libetsa tsa bohale ba hae

Ho tsoa naheng e hole,+

Pheletsong ea maholimo,

Ho tla timetsa lefatše lohle.+

 6 Bokollang kaha letsatsi la Jehova le haufi.

Le tla tla joaloka timetso e hlahang ho Ea Matla ’Ohle.+

 7 Ke ka lebaka leo matsoho ’ohle a tla tepella

’Me motho e mong le e mong a tšohe.*+

 8 Batho ba tšohile.+

Ba tsitsipane ebile baa opeloa

Joaloka mosali ea bohlokong ba pelehi.

Ba shebana ba tšohile.

Lifahleho tsa bona li hloname.

 9 Letsatsi la Jehova lea tla,

Le tla ka sehloho, ka khalefo le ka bohale bo tukang

E le ho etsa hore naha e be ntho e tšosang+

Le ho felisa baetsalibe ba naha eo.

10 Linaleli tsa maholimo le lihlopha tsa tsona*+

Li ke ke tsa khanya.

Letsatsi le tla fifala ha le hlaha,

Le khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona.

11 Ke tla etsa hore lefatše le arabelle bobe ba lona+

Le ba khopo ba arabelle sebe sa bona.

Ke tla felisa boikakaso ba ba iketelletsang pele,

Ke kokobetse boikhohomoso ba bahatelli.+

12 Ke tla etsa hore motho a sokolehe ho feta khauta e hloekisitsoeng,+

Le batho ba sokolehe ho feta khauta ea Ofire.+

13 Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore leholimo le thothomele

’Me lefatše le tla reketla le tlohe malulong a lona+

Ka lebaka la khalefo ea Jehova oa mabotho letsatsing la bohale ba hae bo tukang.

14 Joaloka tšephe e tsongoang le joaloka mohlape oo ho se nang motho ea o bokellang,

E mong le e mong o tla khutlela sechabeng sa habo.

E mong le e mong o tla balehela naheng ea habo.+

15 Mang kapa mang ea fumanoang o tla hlajoa,

Mang kapa mang ea tšoaroang o tla bolaoa ka sabole.+

16 Bana ba bona ba tla robokelloa ka pel’a mahlo a bona.+

Thepa e ka matlung a bona e tla nkoa ka mahahapa

Le basali ba bona ba tla betoa.

17 Ke ba tlisetsa Bamede,+

Ba sa tsotelleng bohlokoa ba silevera

Le ba sa khahloeng ke khauta.

18 Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana.+

Ba ke ke ba hauhela bana

Kapa ba ba utloela bohloko.

19 Babilona, e ntle ka ho fetisisa har’a mebuso,*+

Ke botle le khanya ea Bakalde.*+

E tla tšoana le Sodoma le Gomora ha Molimo a ne a li felisa.+

20 E ke ke ea hlola e e-ba le baahi

Ebile ha ho na moloko o sa tla lula moo.+

Moarabia a ke ke a hloma tente ea hae moo

Le balisa ba ke ke ba bothisa mehlape ea bona moo.

21 Liphoofolo tsa lehoatata li tla robala teng.

Matlo a tla tlala liphooko.

Limpshe li tla lula teng,+

Lipoli tse hlaha* li tlola-tlole teng.

22 Liphoofolo li tla lla* li le litoreng tsa eona,

Liphokojoe li hlabe moolo li le matlong a eona a borena a matle.

Nako ea eona e haufi ’me matsatsi a eona a ke ke a eketsoa.”+

14 Jehova o tla hauhela Jakobo+ ’me a khethe Baiseraele hape.+ O tla ba tsitsisa* naheng ea bona+ ’me balichaba ba ikopanye le bona. Ba tla ikamahanya le ntlo ea Jakobo.+ 2 Lichaba li tla ba nka li ba khutlisetse sebakeng sa bona ’me ntlo ea Iseraele e tla inkela banna le basali ba tsona e ba etse basebeletsi+ naheng ea Jehova. Ba tla hapa ba neng ba ba entse batlamuoa ’me ba laole bahatelli ba bona.*

3 Letsatsing leo Jehova a u fang phomolo bohlokong ba hao, pherekanong ea hao le bokhobeng bo sehloho boo u neng u le ho bona,+ 4 u tla bua maele ana ho* morena oa Babilona:

“Bonang kamoo mohatelli* a oeleng kateng.

Khatello e emisitse.+

 5 Jehova o robile molamu oa ba khopo,

Lere la babusi.+

 6 O robile ea otlang lichaba a sa khaotse a bile a halefile,+

Eo ka bohale a busang lichaba a bile a li hlorisa a sa khaotse.+

 7 Lefatše lohle le phomotse ’me le khotsong.

Batho ba hoeletsa ba thabile.+

 8 Le lifate tsa junipere li thabetse ho bona ntho e u etsahaletseng

Hammoho le likedare tsa Lebanone.

Li re, ‘Haesale u oa,

Ha ho moremi oa patsi ea re futuhelang.’

 9 Esita le tlase Lebitla* le tsukutlehile

E le hore le u khahlanyetse ha u tla.

Ka lebaka la hao le tsositse bafu

E leng baeta-pele* bohle ba lefatše ba hatellang.

Le etsa hore marena ’ohle a lichaba a raohe literoneng tsa ’ona.

10 Kaofela ha ’ona a re ho uena,

‘Athe le uena u se u hloka matla joaloka rona?

U se u tšoana le rona?

11 Boikhohomoso ba hao bo theoletsoe Lebitleng*

’Moho le molumo oa liletsa tsa hao tse likhoele.+

Tšenyane* e aliloe tlas’a hao joaloka bethe,

Liboko ke seaparo sa hao.’

12 U oele hampe hakaakang ho tsoa leholimong,

Uena ea khanyang, mora oa mafube!

U lihetsoe hampe hakaakang lefatšeng,

Uena ea hlotseng lichaba!+

13 U itse ka pelong, ‘Ke tla nyolohela maholimong,+

Ke phahamisetse terone ea ka holim’a linaleli tsa Molimo,+

Ke lule thabeng eo ho bokanoang ho eona,

Likarolong tse hole ka ho fetisisa ka leboea.+

14 Ke tla nyolohela ka holim’a maru,

Ke iketse hore ke tšoane le Ea Phahameng ka ho Fetisisa.’

15 Empa u tla theoleloa Lebitleng,*

Botebong ba sekoti.

16 Ba u bonang ba tla u tonela mahlo,

Ba u hlahlobisise ba re,

‘Na eo ke eena monna ea neng a sisinya lefatše,

Ea neng a etsa hore mebuso e thothomele,+

17 Ea entseng hore lefatše le be joaloka lefeella,

Ea lihileng metse ea lona+

Le ea hanneng ho lokolla batšoaruoa ba hae hore ba ee hae?’+

18 Marena a mang ’ohle a lichaba,

Kaofela ha ’ona a phomotse ka tlhompho,

E mong le e mong ka lebitleng* la hae.

19 Empa uena u lahliloe, ha u na lebitla

Joaloka lehlomela* le nyatsuoang.

U apesitsoe litopo tsa banna ba hlabiloeng ka sabole,

Ba theohelang sekoting se majoe

Joaloka setopo se hataketsoeng ka maoto.

20 U ke ke oa kopana le bona lebitleng

Hobane u sentse naha ea hao,

U bolaile batho ba hao.

Mabitso a bana ba batho ba khopo a ke ke a hlola a hopoloa.

21 Lokisang sebaka seo ho tla bolaeloa bana ba hae ho sona

Ka lebaka la phoso ea baholo-holo ba bona

E le hore ba se ke ba phahama, ba busa lefatše

Eaba ba tlatsa naha ka metse ea bona.”

22 Jehova oa mabotho o re, “Ke tla ba hlasela.+

Ke tla tlosa lebitso, baphonyohi, bana le litloholo tse teng Babilona,”+ ke Jehova ea chong.

23 Jehova oa mabotho o re, “Ke tla e etsa lehae la linoko ’me e be sebaka se kollang metsi. Ke tla e fiela hore ho fele ka eona.”*+

24 Jehova oa mabotho o hlapantse a re:

“Ho tla etsahala feela joalokaha ke rerile.

Ho tla phethahala feela joalokaha ke entse qeto.

25 Ke tla thuhakanya Moasiria naheng ea ka,

Ke mo hatakele lithabeng tsa ka.+

Joko ea hae e tla tlosoa holim’a bona,

Mojaro oa hae o tlosoe mahetleng a bona.”+

26 Ena ke qeto e etselitsoeng lefatše lohle.

Lena ke letsoho le phahamiselitsoeng* lichaba tsohle.

27 Jehova oa mabotho o entse qeto,

Ke mang ea ka e thibelang?+

Letsoho la hae le phahame,

Ke mang ea ka le theolang?+

28 Selemong seo Morena Akaze a shoeleng+ ka sona ha etsoa phatlalatso ena:

29 “Uena Filistia le bohle ba ho uena, le se ke la thaba

Hobane feela lere la ea le otlang le robehile.

Ho tla tsoa noha+ e chefo motsong oa noha,+

Litholoana tsa eona e tla ba noha ea mollo e fofang.*

30 Ha matsibolo a bafutsana a ja

Le batho ba hlokang ba ithoballa ba sireletsehile,

Ke tla bolaea motso oa hao ka tlala

Le ba setseng ba hao ba tla bolaoa.+

31 Bokollang, lona ba keiting. Llang, lona baahi ba motse.

Kaofela ha lona le tla nyahama, lona batho ba Filistia.

Mosi o tla o tsoa leboea,

Ha ho ea tlang a hulana ka morao sehlopheng sa hae.”

32 Ba lokela ho re’ng ha ba araba baromuoa ba sechaba?

Hore Jehova o ralile motheo oa Sione+

Le hore bafutsana ba har’a batho ba hae ba tla tšabela teng.

15 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Moabe:+

Motse oa Are+ o Moabe o khutsitse

Hobane o tlatlapuoe bosiu.

Motse oa Kire+ o Moabe o khutsitse

Hobane o tlatlapuoe bosiu.

 2 Batho ba nyolohetse Ntlong* le ho Dibone+

Le libakeng tse phahameng ho ea lla.

Moabe o llela Nebo+ le Medeba.+

Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe e kutiloe lekoroana,+ litelu tsohle li kutiloe.+

 3 Ba apere lesela le hoashang* literateng tsa eona.

Kaofela ba bokolla ba le marulelong le limmarakeng tsa bona,

Ba theoha ba lla.+

 4 Heshbone le Eleale+ lia lla.

Mantsoe a tsona a utloahala ho ea fihla Jahaze.+

Ke kahoo masole a Moabe a ntseng a hoeletsa.

Sechaba sea thothomela.

 5 Pelo ea ka e llela Moabe.

Baahi ba eona ba balehile ho ea fihla Zooare+ le Eglathe-shelishia.+

Ba lla ba ntse ba nyoloha moepa oa Luhithe.

Ha ba le tseleng e eang Horonaime, ba bokolla ka lebaka la tlokotsi.+

 6 Metsi a Nimrime a pshele,

Joang bo botala bo omeletse.

Joang bo felile, ha ho letho le letala le setseng.

 7 Ke ka lebaka leo ba ntseng ba nka thepa ea bona e setseng le maruo a bona,

Ba tšela khohlo* ea lipopoliri.

 8 Mohoo o utloahala naheng eohle ea Moabe.+

Seboko sa teng se fihla Eglaime,

Seboko sa teng se fihla Beere-elime.

 9 Metsi a Dimone a tletse mali

Empa ke hona ke sa tla tlisa koluoa ho Dimone:

Ke tla tlisa tau ho batho ba Moabe ba phonyohileng

Le ba setseng naheng.+

16 Romelang ramo ho ’musi oa naha,

Ho tloha Sela, ka mose ho lefeella,

Ho ea thabeng ea morali oa Sione.

 2 Joaloka nonyana e lelekoang sehlaheng sa eona,+

Baahi ba Moabe ba tla ba joalo malibohong a Arnone.+

 3 “Eletsang, etsang qeto.

Etsang hore seriti sa lona har’a mpa ea motšehare se be lefifi joaloka bosiu.

Patang ba qhalakantsoeng, le se ke la senola ba balehang.

 4 E se eka batho ba qhalakantsoeng ba ka lula ho uena, Moabe.

E-ba sebaka seo ba ipatang ho sona ka lebaka la motlatlapi.+

Mohatelli o tla fela,

Ho tlatlapa ho tla fela

Le ba hatakelang ba bang ba tla timetsoa lefatšeng.

 5 Joale morena ea tsoang lelokong la Davida o tla lula teroneng.

O tla tšepahala+ ’me terone ea hae e tsitsisoe ka lerato,*

A ahlole ka toka ’me a potlakele ho etsa lintho tse lokileng.”+

 6 Re utloile ka boikakaso ba Moabe. O ikakasa haholo.+

Re utloile ka boikhohomoso ba hae, boikakaso ba hae le khalefo ea hae+

Empa mantsoe a hae a se nang thuso a ke ke a phethahala.

 7 Ka hona Moabe e tla llela Moabe,

Kaofela ba tla bokolla.+

Ba otliloeng ba tla llela morara o omisitsoeng* oa Kire-haresethe.+

 8 Masimo a Heshbone+ a ponne

Le sefate sa morara sa Sibma,+

Babusi ba lichaba ba khaotse makala a sona a bofubelu bo khanyang.*

A ne a namme ho ea fihla Jazere,+

A fihla lefeelleng.

Letlobo la sona le ne le namme ho ea fihla leoatleng.

 9 Ke kahoo ke tla llela sefate sa morara sa Sibma joalokaha ke llela Jazere.

Ke tla u tšela ka likhapha, uena Heshbone le uena Eleale+

Hobane mohoo o etsoang ka lebaka la litholoana tsa hao tsa lehlabula le kotulo ea hao o felile.*

10 Thabo le nyakallo li felile serapeng sa lifate tsa litholoana.

Ha ho motho ea binang kapa ea hoeletsang a thabile lirapeng tsa morara.+

Ha ho sa na ea hatakelang veine ka sehatelong.

Ke entse hore mohoo o fele.+

11 Kahoo, ka lebaka la Moabe+ ke utloa pelo ea ka e thothomela

Joaloka likhoele tsa harepa,

Ke thothomela ka mpeng ka lebaka la Kire-haresethe.+

12 Leha Moabe a sebetsa ka thata ho nyolohela sebakeng se phahameng, a tsoa ho ea rapela tempeleng ea hae, a ke ke a finyella letho.+

13 Ona ke molaetsa oo Jehova a o buileng pele, o tobisitsoeng ho Moabe. 14 Jehova o re: “Ka lilemo tse tharo hantle,* Moabe e ke ke ea hlola e e-ba le seriti ’me e tla ba le meferefere e moholo. Ba setseng e tla ba ba seng bakae, ba se nang matla.”+

17 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Damaseka:+

“Damaseka ha e sa tla ba motse,

E tla fetoha qubu ea majoe.+

 2 Metse ea Aroere+ e tla siuoa ke baahi ba eona.

E tla ba libaka tseo mehlape e bothang ho tsona

’Me ha ho na motho ea tla e tšosa.

 3 Metse e etselitsoeng qhobosheane e tla felisoa Efraime+

Le puso e tla felisoa Damaseka.+

Batho ba Siria ba setseng

Ba tla ba matla joaloka Baiseraele,”* ke Jehova oa mabotho ea chong.

 4 “Letsatsing leo khanya ea Jakobo e tla fokotseha

Esita le ’mele oa hae o phetseng hantle* o tla ota.

 5 Ho tla tšoana le ha mokotuli a bokella koro* e ntseng e le mahlakeng

Le letsoho la hae le kotula liqoapi tsa koro

Joalokaha motho a thonaka koro Khohlong* ea Barefaime.+

 6 Ho eona ho tla sala se thonakiloeng feela

Joalokaha sefate sa mohloaare se hlohloroa:

Lekaleng le ka holimo-limo ho sale mehloaare e ’meli kapa e meraro feela e butsoitseng,

Ho sale e mene kapa e mehlano makaleng a sona a behang litholoana,”+ ke Jehova Molimo oa Iseraele ea chong.

7 Letsatsing leo, motho o tla sheba Moetsi oa hae ’me mahlo a hae a shebe Mohalaleli oa Iseraele. 8 A ke ke a sheba lialetare+ e leng mosebetsi oa matsoho a hae+ ’me a ke ke a sheba lintho tseo menoana ea hae e li entseng ebang ke lipalo tse halalelang* kapa liluloana tsa libano.

 9 Letsatsing leo, metse ea hae ea qhobosheane e tla ba joaloka sebaka se sa luloeng, se morung,+

E tla tšoana le lekala le tlohetsoeng ka lebaka la Baiseraele.

E tla lula e se na baahi.

10 U lebetse Molimo,+ mopholosi oa hao.

U hlolehile ho hopola Lefika+ la qhobosheane ea hao.

Ke ka lebaka leo u lemang masimo a matle,*

U hlomang lehlomela la motho osele* ho ’ona.

11 Motšehare u kampela masimo a hao ka hloko,

Hoseng u lokisetsa hore peo ea hao e mele

Empa koro e tla nyamela letsatsing la mafu le la bohloko bo sa phekoleheng.+

12 Utloang! Ho na le moferefere oa lichaba tse ngata,

Tse morusu joaloka maoatle!

Ho na le lerata la lichaba,

Molumo oa tsona o tšoana le oa metsi a matla!

13 Lichaba li tla etsa molumo o tšoanang le oa metsi a mangata.

Molimo o tla li khalemela ka matla ’me li tla balehela hole,

Li lelekisoe joalokaha ’moko o lithabeng o fefoloa ke moea

Le joaloka hlabahlabane e fefoloang ke moea oa sefefo.

14 Ka shoalane, ho na le tlokotsi.

Pele e e-ba hoseng lichaba tseo ha li sa le eo.

Ena ke kabelo ea ba re nkelang thepa ka mahahapa

Le karolo ea ba re tlatlapang.

18 Ho malimabe naha e tletseng molumo oa mapheo a likokoanyana a phuphuselang,

Naha e linokeng tsa Ethiopia.+

 2 E romela baromuoa ka leoatle,

Ka likepe tsa loli holim’a metsi, e re:

“Tsamaeang, lona baromuoa ba lebelo,

Le ee sechabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreleli,

Ho batho ba tšajoang hohle,+

Sechaba se matla, se hlolang,*

Seo naha ea sona e hohotsoeng ke linoka.”

 3 Lona baahi bohle ba naha le lona baahi ba lefatše,

Le tla bona ntho e joaloka letšoao* le phahamisitsoeng lithabeng,

Le tla utloa molumo o tšoanang le oa lenaka le letsitsoeng.

 4 Jehova o itse ho ’na:

“Ke tla lula ke sa khathatsoe ’me ke shebe sebaka sa ka*

Joaloka mocheso le khanya ea letsatsi,

Joaloka phoka nakong ea kotulo ha ho chesa.

 5 Pele ho kotulo,

Ha lithunthung li felile le palesa e fetoha morara o butsoang,

Letlobo le tla khaoloa ka sekere se kutang lifate

Le makala a ithatelang a tla tlosoa, a khaoloe.

 6 Kaofela a tla sieloa linonyana tsa lithaba tse jang nama

Le libata tsa lefatše.

Linonyana tse jang nama li tla qeta lehlabula li ntse li a ja

Le libata tsohle tsa lefatše li tla qeta nako ea kotulo li ntse li a ja.

 7 Ka nako eo, Jehova oa mabotho o tla tlisetsoa mpho

E tsoang sechabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreleli,*

Batho ba tšajoang hohle,

Sechaba se matla, se hlolang,*

Seo naha ea sona e hohotsoeng ke linoka,

Ho e isa sebakeng se jereng lebitso la Jehova oa mabotho, Thabeng ea Sione.”+

19 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Egepeta:+

Jehova o kaletse leru le fofang ka lebelo ’me o kena Egepeta.

Melimo e se nang thuso ea Egepeta e tla thothomela ka pel’a hae,+

Lipelo tsa Baegepeta li tla nyahama.

 2 “Ke tla qabanya Baegepeta

’Me ba tla loantšana,

E mong le e mong o tla loantša ngoan’abo le moahisani oa hae,

Motse o loantše motse, ’muso o loantše ’muso.

 3 Baegepeta ba tla ferekana,

Ke tla senya merero ea bona.+

Ba tla ipiletsa ho melimo e se nang thuso

Le ho batho ba nang le tsebo ea ho laola linoha, baloi le ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+

 4 Ke tla nehelana ka Baegepeta ho monghali ea thata,

Morena ea khopo o tla ba busa,”+ ke Jehova oa mabotho, Morena oa ’nete ea chong joalo.

 5 Metsi a leoatle a tla psha

Le noka e pshe ’me e ome.+

 6 Linoka li tla nkha hampe.

Metsi a melatsoana ea Nile e Egepeta a tla fokotseha ’me a pshe.

Lehlaka le loli li tla bola.+

 7 Limela tse pel’a Noka ea Nile, moo e kopanang le leoatle

Le masimo ’ohle a pel’a Noka ea Nile+ ao ho jetsoeng peo ho ’ona, a tla omella.+

A tla fefoha ’me a ke ke a hlola a e-ba teng.

 8 Batšoasi ba litlhapi ba tla lla,

Bohle ba lahlelang lihuku tse tšoasang litlhapi* Nokeng ea Nile ba tla sareloa

Le ba alang matlooa a tšoasang litlhapi holim’a metsi ba tla fokotseha.

 9 Ba sebetsang ka semela sa folakse*+ e ohliloeng

Le ba etsang masela a masoeu ka foreimi ba tla soaba.

10 Lilohi tsa hae li tla utloa bohloko,

Basebetsi bohle ba hiriloeng ba tla sareloa.

11 Likhosana tsa Zooane+ ke maoatla.

Baeletsi ba bohlale ka ho fetisisa ba Faro ba fane ka keletso e sa utloahaleng.+

Ke hobane’ng ha u ka re ho Faro:

“Ke setloholo sa ba bohlale,

Setloholo sa marena a khale”?

12 Joale ba hokae banna ba lona ba bohlale?+

Haeba baa tseba hore na Jehova oa mabotho o rerile eng ka Egepeta, e-reng ba le bolelle.

13 Likhosana tsa Zooane li sebelitse ka booatla,

Likhosana tsa Nofe*+ li thetsitsoe,

Marena a maloko a hae a khelositse Egepeta.

14 Jehova o tlatsitse Egepeta ka pherekano,+

Ba entse hore e khelohe linthong tsohle tseo e li etsang

Joalokaha motho ea tahiloeng a thekesela ka har’a mahlatsa a hae.

15 Egepeta e ke ke ea e-ba le mosebetsi oo e ka o etsang

Esita le hlooho, mohatla, letlobo kapa loli* li ke ke tsa etsa letho.

16 Letsatsing leo Egepeta e tla tšoana le basali, e thothomele e be e tšohe ka lebaka la letsoho le tšosang leo Jehova oa mabotho a le phahamisetsang eona.+ 17 Naha ea Juda e tla tšosa Baegepeta. Ba tla tšoha leha ba utloa ho buuoa ka eona feela, ka lebaka la qeto eo Jehova oa mabotho a e entseng ka bona.+

18 Letsatsing leo, ho tla ba le metse e mehlano naheng ea Egepeta e buang puo ea Kanana+ ’me e hlapanya hore e tšepahalla Jehova oa mabotho. Motse o mong o tla bitsoa Motse o Qhaqhang.

19 Letsatsing leo, ho tla ba le aletare ea Jehova har’a naha ea Egepeta le pilara e etselitsoeng Jehova moeling oa eona. 20 E tla ba pontšo le bopaki ho Jehova oa mabotho naheng ea Egepeta. Ba tla hoeletsa ho Jehova ka lebaka la bahatelli ’me o tla ba romela mopholosi e moholo ea tla ba lopolla. 21 Jehova o tla tsebahala ho Baegepeta. Baegepeta ba tla tseba Jehova letsatsing leo, ba tla etsa mahlabelo, ba fane ka limpho, ba etse boitlamo ho Jehova ’me ba bo phethe. 22 Jehova o tla otla Baegepeta,+ a ba otle a be a ba folise. Ba tla khutlela ho Jehova, o tla utloa likopo tsa bona tse matla ’me a ba folise.

23 Letsatsing leo, ho tla ba le tsela e kholo+ e tsoang Egepeta e eang Asiria. Asiria e tla tla Egepeta le Egepeta e ee Asiria ’me Egepeta e tla sebeletsa Molimo ’moho le Asiria. 24 Ka letsatsi leo, Iseraele e tla ikopanya le Egepeta le Asiria,+ e be tlhohonolofatso lefatšeng 25 hobane Jehova oa mabotho o tla be a e hlohonolofalitse a itse: “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka, Egepeta le mosebetsi oa matsoho a ka, Asiria le lefa la ka, Iseraele.”+

20 Ka selemo seo Sargone morena oa Asiria a rometseng Tartane* ho Ashdode+ ka sona, o ile a loantša Ashdode ’me a e hapa.+ 2 Ka nako eo, Jehova a bua le Esaia+ mora oa Amoze a re: “Tsamaea, u tlose lesela le hoashang* thekeng la hao ’me u role lieta.”* Eaba o etsa joalo, a tsamaea a hlobotse,* a sa roala letho maotong.

3 Eaba Jehova o re: “Feela joalokaha mohlanka oa ka Esaia a ile a tsamaea a hlobotse, a sa roala letho maotong ka lilemo tse tharo e le pontšo+ le temoso e eang ho Egepeta+ le Ethiopia,+ 4 morena oa Asiria o tla etella pele batlamuoa ba Egepeta+ le ba Ethiopia, bashanyana le banna-baholo ba hlobotse ’me ba sa roala letho maotong le marao a le ka ntle, e le ho tlotlolla Egepeta. 5 Ba tla haroha letsoalo ’me ba soabele Ethiopia eo ba e tšepileng le Egepeta eo ba ikotlang sefuba ka eona.* 6 Letsatsing leo, baahi ba sebaka sena se lebopong la leoatle ba tla re, ‘Bona hore na ho etsahetse’ng ka bao re neng re ba tšepile, bao re neng re balehela ho bona ho fumana thuso e le hore re lopolloe ho morena oa Asiria. Joale re tla phonyoha joang?’”

21 Phatlalatso e tobisitsoeng lefeelleng la leoatle:*+

E tla joaloka meea ea sefefo e hoholang ka boroa,

E hlaha lefeelleng, naheng e tšosang.+

 2 Ke boleletsoe pono e tšosang:

Molotsana o sebetsa ka bolotsana

Le ea timetsang oa timetsa.

Nyoloha, uena Elame! Thibella, uena Media!+

Ke tla felisa mahlomola ’ohle ao a* a bakileng.+

 3 Ke kahoo ke utloileng bohloko haholo.*+

Ke tšoeroe ke mahlaba

Joaloka mosali ea pepang.

Ke ferekane hoo ke sa utloeng.

Ke tšoenyehile hoo ke sa boneng.

 4 Pelo ea ka e otla habohloko, kea tlakasela ke letsoalo.

Mantsiboea ao ke neng ke a letetse ka tjantjello aa nthothometsa.

 5 Tekang tafole le hlophise litulo,

Jang le noe!+

Emang, lona likhosana, tlotsang thebe.*

 6 Jehova o itse ho ’na:

“E-ea, u behe molebeli hore a u tlalehele hore na o bona’ng.”

 7 A bona kariki ea ntoa e huloang ke lipere,

Kariki ea ntoa e huloang ke litonki,

Le kariki ea ntoa e huloang ke likamele.

A sheba ka hloko, a mamelisisa.

 8 Joale a hoeletsa joaloka tau a re:

“Jehova, ke lula ke eme holim’a tora ea ho lebela motšehare

’Me ke eme sebakeng seo ke lebelang ke le ho sona bosiu bo bong le bo bong.+

 9 Bonang hore na ho tla’ng:

Banna ba palameng likariki tsa ntoa+ tse huloang ke lipere.”

A hoeletsa a re:

“O oele! Babilona o oele.+

Molimo o pshatletse litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea hae fatše.”+

10 Lona batho ba ka ba potsoeng,

Lona lijo* tsa seotlo sa ka,+

Ke le tlalehetse hore na ke utloile’ng ho Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele.

11 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Duma ke ena:*

Ho na le motho ea nkhoeletsang a le Seire+ a re:

“Molebeli, bosiu bo tla sa neng?

Molebeli, bosiu bo tla sa neng?”

12 Molebeli a re:

“E tla ba hoseng, ebe e e-ba bosiu.

Haeba le botsa, botsang.

Tloong hape!”

13 Phatlalatso e tobisitsoeng lehoatateng:

Le tla qeta bosiu le le morung, lehoatateng,

Lona lihlopha tsa batsamai tsa Dedane.+

14 Khahlanyetsang motho ea nyoriloeng ka metsi,

Lona baahi ba naha ea Tema,+

Le tlisetse motho ea balehang bohobe.

15 Ba balehile lisabole, sabole e ntšitsoeng selateng,

Seqha se kobiloeng le ntoa e boima.

16 Jehova o itse ho ’na: “Pele selemo se fela, ho ea ka lilemo tsa mohiruoa,* khanya eohle ea Kedare+ e tla fela. 17 Banna ba setseng ba fulang ka seqha ba har’a bahlabani ba Kedare ba tla fokotseha hobane Jehova Molimo oa Iseraele o buile joalo.”

22 Phatlalatso e tobisitsoeng Khohlong ea Pono:*+

Molato ke’ng ka lona ha le hloeletse marulelong kaofela?

 2 U motse o lerata, motse o tletseng boikhohomoso,

U ne u tletse moferefere.

Batho ba hao ba bolailoeng ha baa bolaoa ka sabole

Ebile ha baa shoella ntoeng.+

 3 Bahatelli bohle ba hao ba balehile ’moho.+

Ba entsoe batšoaruoa ho sa hlokahale seqha.

Batho bohle ba fumanoeng ba entsoe batšoaruoa+

Le hoja ba ne ba balehetse hole.

 4 Ke ka lebaka leo ke itseng: “Khaotsang ho ncheba.

Le se ke la tsitlella ho ntšelisa.

Ke tla lla haholo+

Hobane morali* oa sechaba sa heso o bolailoe.+

 5 Ke letsatsi la morusu, tlholo le pherekano,+

Le tsoa ho ’Musi oa Lintho Tsohle Jehova oa mabotho

Le Khohlong ea Pono.

Lerako lea heletsoa+

’Me ho na le seboko se fihlang thabeng.

 6 Elame+ o nka mokotla o tšelang metsu,

O tla ka likariki tsa ntoa le lipere*

’Me Kire+ o ntša* thebe.

 7 Liphula* tsa hao tse khethehileng ka ho fetisisa

Li tla tlala likariki tsa ntoa.

Lipere* li tla ema keiting.

 8 Lesira* la Juda le tla tlosoa.

Letsatsing leo u tla sheba pokello ea lihlomo tsa Ntlo ea Moru+ 9 ’me u tla bona makhalo a mangata a Motse oa Davida.+ Hape, u tla bokella metsi a letamo le ka tlase.+ 10 U tla bala matlo a Jerusalema ’me u tla heletsa a mang e le ho tiisa lerako. 11 U tla etsa beisine pakeng tsa marako a mabeli bakeng sa ho khakeletsa metsi a letamo la khale empa u ke ke oa tšepa Moetsi oa lona e Moholo ’me u ke ke oa bona Ea le entseng khale.

12 Letsatsing leo, ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho,

O tla batla hore batho ba lle, ba hloname,+

Ba beole lihlooho le ho apara lesela le hoashang.*

13 Empa ho e-na le hoo, ba thabile, ba entse mekete,

Ba hlaba likhomo, ba hlaba linku,

Ba ja nama, ba noa veine.+

Ba re: ‘A re jeng, re noeng hobane hosane re tl’o shoa.’”+

14 Eaba Jehova oa mabotho o senola taba ena: “‘Phoso ena ea lona e ke ke ea tšoareloa ho fihlela le shoa,’+ ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho ea chong.”

15 ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho o re: “E-ea ho Shebna+ motsamaisi ea okametseng ntlo ea morena* ’me u re ho eena, 16 ‘Ke eng eo u e thahasellang moo? U thahasella mang moo, hoo u icheketseng lebitla?’ O cheka lebitla la hae moo ho phahameng, o ichekela lebitla* lefikeng. 17 ‘Uena monna, bona! Jehova o tla u tabanya fatše ’me o tla u tšoara ka thata. 18 O tla u phuthela ka thata, a u betsetse naheng e sabaletseng joaloka bolo. U tla shoella moo ’me likariki tsa hao tse hlomphehang li tla fella moo, ba ntlo ea mong’a hao ba soabe. 19 Ke tla u tlosa boemong ba hao, ke u ntše ka ofising ea hao.

20 Letsatsing leo, ke tla bitsa mohlanka oa ka Eliakime+ mora oa Hilkia. 21 Ke tla mo apesa seaparo sa hao se selelele, ke mo tlame ka tieo ka lebanta la hao+ ’me ke fane ka bolaoli* ba hao letsohong la hae. E tla ba ntate oa baahi ba Jerusalema le ba ntlo ea Juda. 22 Ke tla beha senotlolo sa ntlo ea Davida+ lehetleng la hae. O tla bula ’me ha ho na ea tla koala, o tla koala ’me ha ho na ea tla bula. 23 Ke tla mo kokotela joaloka sepekere* sebakeng se tiileng ’me o tla ba joaloka terone ea khanya ho ntlo ea ntate oa hae. 24 Ba tla fanyeha khanya eohle ea ntlo ea ntate oa hae holim’a hae, litloholo le bana,* lijana tsohle tse nyenyane, likotlolo hammoho le linkho tsohle tse kholo.’

25 Jehova oa mabotho o re, ‘Letsatsing leo, ho tla tlosoa sepekere* se kokoteletsoeng sebakeng se tiileng, se tla khaoloa se oe ’me mojaro o holim’a sona o felisoe+ hobane Jehova o buile joalo.’”

23 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Tire:+

Bokollang, lona likepe tsa Tarshishe.*+

Kou e sentsoe, ha ho sa kenoa le teng.

E senotsoe naheng ea Kitime.+

 2 Tholang, lona baahi ba lebopo la leoatle.

Le ruisitsoe ke bo-rakhoebo ba tsoang Sidone+ ba tšelang leoatle.

 3 Koro* ea Shihore*+ e tšelisitsoe metsi a mangata

Hammoho le lijo tse kotutsoeng tsa Nile, letlotlo la Tire,

E etselitse lichaba chelete.+

 4 Soaba, uena Sidone sebaka se sireletsehileng sa leoatle

Hobane leoatle le itse:

“Ha kea ba le bohloko ba pelehi ’me ha kea beleha,

Hape ha kea hlokomela bahlankana kapa ho holisa baroetsana.”+

 5 Batho ba tla utloa bohloko haholo ka lebaka la tlaleho e buang ka Tire+

Feela joalokaha ba ile ba bo utloa ka lebaka la tlaleho e buang ka Egepeta.+

 6 Tšelelang Tarshishe!

Bokollang, lona baahi ba lebopo la leoatle.

 7 Na ke motse oa lona oo o neng o thabile ho tloha khale, ho tloha mehleng ea oona ea pele?

Maoto a baahi ba oona a ne a ba isa linaheng tse hole hore ba lule teng.

 8 Ke mang ea entseng qeto ee ka Tire,

Tire ea khethang marena,

Eo bo-rakhoebo ba hae e neng e le likhosana,

Eo bo-rakhoebo ba hae ba neng ba hlomphuoa lefatšeng lohle?+

 9 Jehova oa mabotho o entse qeto

Ea ho felisa botle ba hae le boikhohomoso ba hae

Le ho tlotlolla bohle ba neng ba hlomphuoa lefatšeng lohle.+

10 Hasana har’a linaha joaloka Noka ea Nile, uena morali oa Tarshishe.

Ha ho sa na sebaka seo likepe li etsoang ho sona.*+

11 Molimo o otlolletse letsoho holim’a leoatle.

O sisintse mebuso.

Jehova o laetse hore libaka tse sireletsehileng tsa Foenisia li timetsoe.+

12 O re: “U ke ke oa hlola u thaba,+

Uena ea hateletsoeng, morali oa Sidone oa moroetsana.

Ema, u tšelele Kitime.+

Le hona teng u ke ke oa phomola.”

13 Bonang naha ea Bakalde.+

Ke Bakalde eseng Baasiria+

Ba mo* fetotseng sebaka sa liphoofolo tse hlaha.

Ba emisitse litora tsa bona tse thibellang,+

Ba helelitse matlo a hae a borena,

Ba mo etsa lithako.

14 Bokollang, lona likepe tsa Tarshishe

Kaha sebaka sa lona se sireletsehileng se felisitsoe.+

15 Ho tloha letsatsing leo, Tire o tla lebaloa ka lilemo tse 70,+ tse lekanang le lilemo tsa bophelo* tsa morena a le mong. Qetellong ea lilemo tse 70, Tire o tla tšoana le letekatse le hlahang pineng ena:

16 “Nka harepa, u potolohe motse, uena letekatse le lebetsoeng.

Letsa harepa ea hao ka boqhetseke,

Bina lipina tse ngata

E le hore ba u hopole.”

17 Qetellong ea lilemo tse 70, Jehova o tla hopola Tire. E tla qala ho fumana moputso hape ’me e etse botekatse le mebuso eohle ea lefatše. 18 Empa phaello ea eona le moputso oa eona o tla fetoha ntho e halalelang ho Jehova. E ke ke ea bolokoa kapa ea behoa hobane moputso oa eona e tla ba oa ba lulang ka pel’a Jehova e le hore ba je ba khore ’me ba apare liaparo tse ntle.+

24 Jehova o horula naha* ’me o e fetola sebaka se se nang letho.+

Oa e thulamisa*+ ’me o hasanya baahi ba eona.+

 2 Batho kaofela ba tla hlaheloa ke ntho e tšoanang:

Sechaba hammoho le moprista,

Mohlanka le mong’a hae,

Lekhoba le mong’a lona oa mosali,

Moreki le morekisi,

Motho ea alimang le motho ea alingoang,

Motho ea kolotoang le motho ea kolotang.+

 3 Naha e tla horuloa e sale e se na letho,

E tla tlatlapuoa ho fihlela e se na letho+

Hobane Jehova o chulo joalo.

 4 Naha e utloile bohloko,*+ e ntse e fela.

Naha e mobu o motle ea pona, e ntse e senyeha.

Bahlomphehi ba naha baa tepella.

 5 Naha e silafalitsoe ke baahi ba eona+

Kaha ha ba natse melao,+

Ba fetotse molao oa tsamaiso,+

Ba tlotse selekane sa khale-khale.*+

 6 Ke ka lebaka leo thohako e jeleng naha+

Le ba ahileng ho eona ba nkoang ba le molato.

Ke ka lebaka leo palo ea baahi ba naha e ntseng e fokotseha.

Ho setse batho ba ’maloa feela.+

 7 Veine e ncha ea fofa, sefate sa morara sea pona+

Le bohle ba lipelo li nyakaletseng baa feheloa.+

 8 ’Mino oa meropa e menyenyane o felile,

Lerata la batho ba nyakaletseng le khaolitse

Le molumo o monate oa harepa o felile.+

 9 Ba noa veine ho se na pina,

Joala bo babela ba bo noang.

10 Motse o tlohetsoeng o sentsoe,+

Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e koetsoe hore ho se ke ha e-ba le ea ka kenang.

11 Ba llela veine literateng.

Menyaka eohle e felile,

Thabo ea naha e felile.+

12 Motse o siiloe e le lithako,

Keiti e lihiloe ’me e entsoe qubu ea majoe.+

13 Batho ba ka ba tla ba tjena lefatšeng har’a lichaba:

Ba tla tšoana le mohloaare o salang ha ho hlohloroa sefate+

Le morara o salang ka mor’a hore ho kotuloe.+

14 Ba tla phahamisa mantsoe,

Ba hoeletse ba thabile.

Ho tloha leoatleng,* ba tla bolela boholo ba Jehova.+

15 Ke ka lebaka leo ba tla tlotlisa Jehova ka bochabela,*+

Lihlekehlekeng tsa leoatle ba tlotlise lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele.+

16 Re utloa lipina lipheletsong tsa naha:

“Tlotla* e ke e isoe ho Ea Lokileng.”+

Empa ke re: “Ke felile, ke felile!

Ho malimabe ’na! Balotsana ba sebelitse ka bolotsana.

Balotsana ba sebelitse ka bolotsana.”+

17 Tšabo, likoti le lifi li u emetse uena moahi oa naha.+

18 Mang kapa mang ea balehang molumo o tšosang o tla oela ka sekoting

’Me mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefi.+

Likhoro tsa moroallo tse holimo li tla buleloa

Le metheo ea naha e tla reketla.

19 Naha e phatlohile,

Naha e sisintsoe,

Naha ea reketla.+

20 Naha e thekesela joaloka motho ea tahiloeng,

E ea pele le morao joaloka lephephe ha ho le moea.

E imetsoe ke sebe sa eona+

’Me e tla oa hoo e ke keng ea boela ea phahama.

21 Letsatsing leo, Jehova o tla ahlola lebotho le holimo

Le marena a lefatše.

22 Ba tla bokelloa ’moho

Joaloka batšoaruoa ba bokeletsoeng ka sekoting

Ebe ba koalloa teronkong.

Ka mor’a matsatsi a mangata ba tla ahloloa.*

23 Khoeli e tolokileng e tla soaba,

Letsatsi le chabileng le tla hlajoa ke lihlong+

Hobane Jehova oa mabotho ke Morena+ Thabeng ea Sione+ le Jerusalema.

O khanya ka pel’a banna ba baholo ba batho ba hae.*+

25 Jehova, u Molimo oa ka.

Kea u phahamisa, ke rorisa lebitso la hao

Hobane u entse lintho tse hlollang,+

U li rerile* ho tloha mehleng ea khale,+

Ka botšepehi+ le ka ’nete.

 2 U entse motse qubu ea majoe,

Oa etsa hore motse o sirelelitsoeng ka thata o hloke baahi.

Sebaka se sireletsehileng sa balichaba ha e sa le motse,

O ke ke oa tsosolosoa hape.

 3 Ke ka lebaka leo sechaba se matla se tla u tlotlisa.

Motse oa lichaba tse sehloho o tla u tšaba.+

 4 U fetohile sebaka se sireletsehileng ho motho ea tlase

Le ho mofutsana ea leng mahlomoleng,+

Setšabelo puleng e nang ka sefefo

Le moriti ha ho chesa.+

Ha bohale ba bahatelli bo tšoana le pula e nang ka sefefo ha e otla lerako

 5 Joaloka mocheso naheng e omeletseng,

U felisa bohale ba basele.

Pina ea bahatelli e tholisoa

Joaloka mocheso o felisoang ke moriti oa leru.

 6 Thabeng ena,+ Jehova oa mabotho o tla etsetsa lichaba tsohle

Mokete oa lijo tsa maemo,+

Mokete oa veine ea boleng bo phahameng,*

Oa lijo tsa maemo tse tletseng moko,

Oa veine e tlhotliloeng, ea boleng bo phahameng.

 7 Thabeng ena, o tla tlosa* lesira le koahetseng batho bohle,

Le lesela le lohiloeng* le koahetseng lichaba tsohle.

 8 O tla felisa lefu ka ho sa feleng.+

Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.+

O tla etsa hore batho ba hae lefatšeng lohle ba se ke ba hlola ba tlotlolloa

Hobane ke Jehova ka boeena ea buileng joalo.

 9 Letsatsing leo ba tla re:

“Enoa ke Molimo oa rona.+

Re mo tšepile+

’Me o tla re pholosa.+

Enoa ke Jehova.

Re mo tšepile.

A re thabeng ’me re nyakalle kaha o re pholositse.”+

10 Letsoho la Jehova le tla sireletsa* thaba ena,+

Moabe e tla hatakeloa sebakeng sa eona+

Joaloka joang bo hatakeloang hore bo etsoe qubu ea moiteli.

11 O tla otlolla matsoho a otle Moabe

Joalokaha motho ea sesang a otla metsi ka matsoho hore a sese

’Me o tla kokobetsa boikhohomoso ba eona+

A sebelisa matsoho a hae ka tsela e hloahloa.

12 O tla liha motse o sirelelitsoeng ka thata le marako a hao a phahameng a tšireletso.

O tla o lahlela fatše leroleng.

26 Letsatsing leo, ho tla binoa pina+ ena naheng ea Juda:+

“Re na le motse o matla.+

Molimo o etsa hore mabota le marako a oona a tšireletso e be poloko.+

 2 Bulang likeiti+ e le hore sechaba se lokileng se kene,

Sechaba se etsang lintho ka botšepehi.

 3 U tla sireletsa batho ba itšetlehang ka uena ka botlalo.*

U tla ba fa khotso e sa feleng+

Hobane ba tšepile uena.+

 4 Tšepang Jehova ka ho sa feleng+

Hobane Jah* Jehova ke Lefika kamehla le mehla.+

 5 O kokobelitse ba ahileng phahameng, motseng o phahameng.

O o theolela fatše,

O o kokobeletsa fatše.

O o lahlela fatše leroleng.

 6 O tla hatakeloa ke

Maoto a ea mahlomoleng, mehato ea bafutsana.”

 7 Tsela ea motho ea lokileng e lokile.*

Kaha u lokile,

U tla batalatsa tsela ea motho ea lokileng.

 8 Jehova, ha re ntse re tsamaea tseleng ea hao ea ho loka,

Re tšepile uena.

Re labalabela lebitso la hao le sehopotso sa hao.*

 9 Ke u batla ka matla* bosiu,

Ke lula ke u batla ka cheseho+

Hobane ha ho e-na le likahlolo tse tsoang ho uena bakeng sa lefatše,

Baahi ba lefatše ba ithuta ho loka.+

10 Le haeba motho ea khopo a ka hauheloa,

A ke ke a ithuta ho loka.+

O tla etsa bokhopo leha a le naheng ea ho loka+

’Me a ke ke a bona boholo ba Jehova.+

11 Jehova, letsoho la hao le phahame empa ha ba le bone.+

Ba tla bona hore u tšabana ka batho ba hao ’me ba tla soaba.

Ba tla chesoa ke mollo o etselitsoeng bahanyetsi ba hao.

12 Jehova, u tla re fa khotso+

Hobane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e entseng,

Ke uena ea re thusitseng hore re e etse.

13 Jehova Molimo oa rona, re kile ra busoa ke benghali ba bang ntle ho uena+

Empa re bua ka lebitso la hao feela.+

14 Ba shoele, ba ke ke ba phela.

Ha ba na matla, ba ke ke ba ema+

Hobane u ba ahlotse

Hore u ba timetse e le hore batho ba se ke ba hlola ba ba hopola.

15 U ekelitse sechaba, Jehova,

U ekelitse sechaba.

U itlotlisitse.+

U atolositse meeli eohle ea naha haholo.+

16 Jehova, ba tlile ho uena nakong ea mahlomola.

Ha u ba khalemela, ba rapetse ka matla ka lentsoe le tlase.+

17 Feela joaloka mosali oa moimana ha a le haufi le ho beleha,

A e-ba le mahlaba a pelehi ’me a bokolla,

Le rona re bile joalo ka lebaka la hao, Jehova.

18 Re ile ra ima, ra ba le mahlaba a pelehi

Empa e ne eka re tsoetse moea.

Ha rea pholosa naha

’Me ha ho motho ea tsoaletsoeng ho tla phela naheng.

19 Molimo o re: “Bafu ba hao ba tla phela.

Litopo* tsa ka li tla tsoha.+

Tsohang ’me le hoeletse le thabile,

Lona ba ahileng leroleng.+

Phoka ea lona e tšoana le phoka ea hoseng*

’Me lefatše le tla etsa hore bafu ba phele.*

20 E-ea, sechaba sa ka, kena likamoreng tsa hao tse ka hare,

U koale mamati.+

Ipate ka nakoana

Ho fihlela khalefo* e fetile.+

21 Jehova o tloha sebakeng sa hae

Ho bitsa baahi ba naha hore ba ikarabelle bakeng sa phoso ea bona,

Naha e tla pepesa mali a tšolotsoeng ho eona

’Me ha e sa tla hlola e koahela batho ba eona ba bolailoeng.”

27 Letsatsing leo, Jehova o tla otla Leviathane,* noha e tsoelipanang,

Leviathane, noha e ikharelang,

A e otle ka sabole ea hae e bohale, e kholo le e matla.+

O tla bolaea phoofolo ea tonanahali e leoatleng.

 2 Letsatsing leo mo bineleng le re:*

“Serapa sa morara sa veine.+

 3 ’Na, Jehova, kea mo sireletsa.+

Ke mo nosetsa kamehla.+

Ke mo sireletsa bosiu le motšehare

E le hore ho se ke ha e-ba le mang kapa mang ea mo ntšang kotsi.+

 4 Ha ke sa mo halefetse.+

Haeba motho a beha lihlahla tse meutloa le litlama-tlama ka pel’a ka,

Ke tla li hatakela, ke li chese kaofela ke be ke mo loantše.

 5 Ho e-na le hoo, a ke a batle setšabelo qhobosheaneng ea ka.

A ke a bope khotso le ’na,

A ke a bope khotso le ’na.”

 6 Matsatsing a tlang Jakobo o tla mela ka metso,

Iseraele o tla hlahisa lithunthung ’me a hlomele.+

Ba tla tlatsa naha ka lihlahisoa.+

 7 Na o lokela ho shapuoa hampe hakaale?

Na o lokela ho bolaoa joaloka batho ba hae ba bolailoeng?

 8 U tla mo loantša ka mohoo o tšosang ha u mo tebela.

U tla mo leleka ka bohale bo tšosang mohla ho fokang moea oa bochabela.+

 9 Ka hona, phoso ea Jakobo e tla koaheloa ka tsela ena+

’Me tsena e tla ba litholoana tse feletseng ha sebe sa hae se tlosoa:

O tla etsa hore majoe ’ohle a aletare a be

Joaloka majoe a choko a silakantsoeng.

Ha ho na lipalo tse halalelang* kapa liluloana tsa libano tse tla sala.+

10 Motse o sirelelitsoeng ka thata o tla lahloa.

Makhulo a tla tloheloa ’me a lahloe kherehloa joaloka lefeella.+

Namane e tla fula teng, e bothe teng.

E tla ja makala a hae.+

11 Ha makalana a hae a omeletse,

Basali ba tla tla, ba a khaole,

Ba bese mollo ka ’ona.

Batho bana ha ba na kutloisiso.+

Ka lebaka leo, Moetsi oa bona a ke ke a ba hauhela,

’Mopi oa bona a ke ke a ba utloela bohloko.+

12 Letsatsing leo, Jehova o tla hlohlora litholoana ho tloha molapong o phallang oa Noka* ho ea khohlong* ea Egepeta+ ’me le tla nkoa ka ho latellana, lona batho ba Iseraele.+ 13 Letsatsing leo, ho tla letsoa lenaka le leholo+ ’me ba timelang naheng ea Asiria+ le ba qhalakaneng naheng ea Egepeta+ ba tla tla ’me ba inamele Jehova thabeng e halalelang Jerusalema.+

28 Ho malimabe korone* e ikhohomosang ea matahoa a Efraime+

Le thunthung e ponang ea botle ba eona bo khanyang,

E qalong ea khohlo e nonneng ea ba tahiloeng ke veine.

 2 Jehova o na le motho ea matla.

O tla betsetsa korone eo fatše

Joaloka sefako le sealuma, sefefo se senyang,

Joaloka sefefo se tlang ka sealuma le moroallo o matla o tšolohang.

 3 Likorone tse ikhohomosang tsa matahoa a Efraime

Li tla hatakeloa ka maoto.+

 4 Palesa e ponang ea botle ba eona bo khanyang

E qalong ea phula e nonneng,

E tla tšoana le feie* ea pele e butsoang pele lehlabula le thoasa.

Ha motho a e bona, o e koenya hang ha e fihla ka letsohong la hae.

5 Ka letsatsi leo, Jehova oa mabotho e tla ba korone e hlomphehang le korone e ntle ea lipalesa ho ba setseng sechabeng sa hae.+ 6 Hape o tla susumetsa ea ahlolang hore a ahlole ka toka, e be mohloli oa matla ho ba thibang lira keiting.+

 7 Baprista le baprofeta ba tsoile tseleng ka lebaka la veine.

Joala ba bona bo etsa hore ba thekesele.

Moprista le moprofeta ba tsoile tseleng ka lebaka la joala.

Veine ea ba ferekanya,

Joala ba bona bo etsa hore ba thekesele.

Pono ea bona ea ba khelosa,

Baa khoptjoa ha ba etsa qeto.+

 8 Litafole tsa bona li tletse mahlatsa,

Ha ho na sebaka se se nang ’ona.

 9 Ba re: “Ke mang eo a tla mo ruta?

Ke mang ea tla mo hlalosetsa molaetsa?

Na ke ba sa tsoa khoesoa,*

Ba sa tsoa tlohelisoa letsoele?

10 Ke ‘taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo,

Molao holim’a molao, molao holim’a molao,*+

Hanyenyane mona, hanyenyane mane.’”

11 Kahoo, Molimo o tla sebelisa batho ba lehoelea* le ba buang puo e fapaneng ho bua le batho bana.+ 12 O kile a re ho bona: “Sena ke sebaka sa phomolo. Ea tepeletseng a phomole. Sena ke sebaka sa boiketlo” empa ba hana ho mamela.+ 13 Kahoo, ho bona lentsoe la Jehova e tla ba:

“Taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo,

Molao holim’a molao, molao holim’a molao,*+

Hanyenyane mona, hanyenyane mane”

E le hore ha ba tsamaea,

Ba khoptjoe ba oe ka mokokotlo,

Ba robehe, ba tšoasehe ba be ba tšoaroe.+

14 Ka hona, utloang lentsoe la Jehova, lona baithorisi,

Lona babusi ba batho bana ba leng Jerusalema,

15 Le re:

“Re entse selekane le Lefu,+

Re entse tumellano* le Lebitla.*

Ha moroallo o matla o feta,

O ke ke oa re fihlela

Hobane re entse leshano setšabelo sa rona,

Re ipatile leshanong.”+

16 Ka hona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“Ke beha lejoe e le motheo Sione, lejoe le lekiloeng,+

Lejoe la sekhutlo la bohlokoa+ le behiloeng e le motheo o tiileng.+

Mang kapa mang ea bontšang tumelo ho lona a ke ke a tšoha.+

17 Ke tla etsa hore toka e be khoele e methang,+

Ho loka e be sesebelisoa se otlollang.*+

Sefako se tla hohola setšabelo sa bona e leng leshano

Le metsi a koahele sebaka seo ho ipatoang ho sona.

18 Selekane seo le se entseng le Lefu se tla felisoa

’Me tumellano ea lona le Lebitla* e ke ke ea ema e tiile.+

Ha moroallo o matla o feta,

O tla le sila.

19 Nako le nako ha o feta,

O tla le hohola+

Hobane o tla feta hoseng ho hong le ho hong,

Bosiu le motšehare.

Ke letsoalo feela le tla etsa hore ba utloisise molaetsa.”*

20 Bethe e nyenyane haholo hore motho a paqame holim’a eona

Le kobo e nyenyane haholo hore motho a ka ithatela ka eona.

21 Jehova o tla ema joalokaha a ile a ema Thabeng ea Perazime.

O tla halefa joalokaha a ile a halefa khohlong* e haufi le Gibeone+

E le hore a etse ketso ea hae e makatsang

Le hore a etse mosebetsi oa hae o sa tloaelehang.+

22 Joale le se ke la soma+

E le hore liketane tsa lona li se ke tsa tiisoa le ho feta

Hobane ke utloile hore ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho

O rerile ho timetsa naha eohle.*+

23 Thehang tsebe ’me le utloe lentsoe la ka.

Mamelang ka hloko ’me le utloe hore na ke re’ng.

24 Na molemi o lula a lema letsatsi kaofela pele a jala peo?

Na o lula a thuha le ho haraka* mobu oa hae? Che.+

25 Ho e-na le hoo, ha a se a o batalalitse ka holimo,

O jala kumine ’me o hasanya kumine e ntšo

Hape o jala koro, nyalothe* le harese sebakeng sa tsona

Le mofuta o mong oa koro*+ mahlakoreng.

26 Molimo o mo ruta* tsela e nepahetseng.

Molimo oa hae oa mo rupela.+

27 Kumine e ntšo ha e poloe ka selei*+

’Me lebili la kariki ha le tsamaisoe holim’a kumine e ’ngoe.

Ho e-na le hoo, kumine e ntšo e poloa ka molamu,

Ha kumine e ’ngoe e poloa ka lere.

28 Na motho a ka pola koro* hore e be phofo ea bohobe?

Che, ha a li pole a sa khaotse.+

Leha a tsamaisa lebili la kariki ea hae holim’a tsona ka lipere tsa hae,

Ha a li sile.+

29 Mantsoe ana le ’ona a tsoa ho Jehova oa mabotho,

Eo morero* oa hae o hlollang

Le ea fihletseng lintho tse kholo.*+

29 “Ho malimabe Ariele,* Ariele, motse oo Davida a neng a hloma litente ho oona.+

Etsang mekete ea lona ea selemo le selemo,+

Tsoelang pele selemo se seng le se seng.

 2 Empa ke tla bakela Ariele litsietsi,+

O tla lla ’me a utloe bohloko.+

Ho ’na o tla ba joaloka leifo la aletare ea Molimo.+

 3 Ke tla hloma liahelo ka mahlakoreng ’ohle khahlanong le uena,

Ke tla u thibella ka lithupa tse motsu

’Me ke hlome lintho tse tla u thibella.+

 4 U tla theoleloa fatše,

U tla bua u le fatše,

Lipolelo tsa hao li tla pupetsoa ke lerole.

Lentsoe la hao le tla tsoa fatše+

Joaloka la ea reng o buisana le bafu,

Ho tla ba joalokaha eka u hoeshetsa u le leroleng.

 5 Letšoele la lira tsa hao* e tla ba phofo e thumisehileng,+

Letšoele la bahatelli e be ’moko o fefoloang ke moea.+

’Me ho tla etsahala hang-hang, ka ho panya ha leihlo.+

 6 Jehova oa mabotho o tla u sireletsa

Ka sealuma, tšisinyeho ea lefatše le lerata le leholo,

Ka moea o matla, sefefo le malakabe a mollo o timetsang.”+

 7 Letšoele la lichaba tsohle tse loantšang Ariele,+

Bohle ba mo loantšang,

Ba mo thibellang ka litora

Le ba mo bakelang litsietsi,

Ba tla ba joaloka toro, pono ea bosiu.

 8 Ho tla ba joalokaha motho ea lapileng a lora a ja

Empa a tsoha a lapile

Le joalokaha motho ea nyoriloeng a lora a noa

Empa a tsoha a khathetse hape a nyoriloe.

Letšoele la lichaba tsohle tse loantšang Thaba ea Sione+

Le tla ba joalo.

 9 Emang le makale,+

Ipateng mahlo hore le se ke la bona.+

Ba tahiloe empa ha baa tahoa ke veine.

Baa thekesela empa ha se ka lebaka la joala.

10 Jehova o le tšoarisitse boroko bo tebileng.+

O koetse mahlo a lona, lona baprofeta,+

O koahetse lihlooho tsa lona, lona ba bonang lipono.+

11 Ho lona pono e ’ngoe le e ’ngoe e tšoana le mantsoe a buka e koetsoeng.+ Ha ba e fa motho ea tsebang ho bala ba re: “Re kopa u re balle mona.” O tla re: “Ha ke khone kaha e koetsoe.” 12 Ebe ha ba e fa motho ea sa tsebeng ho bala, ba re: “Re kopa u bale mona.” O tla re: “Ha ke tsebe ho bala ho hang.”

13 Jehova o re: “Batho bana ba re baa nthapela,

Ba ntlhompha ka melomo feela+

Empa lipelo tsa bona li suthetse hole le ’na.

Ba ntlhompha ba ipapisitse le litaelo tsa batho tseo ba li rutiloeng.+

14 Ka hona, ke tla boela ke etse lintho tse makatsang ka batho bana,+

Ke tla ba makatsa ke boele ke ba makatse.

Bohlale ba bahlalefi ba bona bo tla fela

Le kutloisiso ea bahlalefi ba bona e tla patoa.”+

15 Ho malimabe ba sebetsang ka thata ho patela Jehova merero ea bona.+

Ba etsetsa liketso tsa bona lefifing,

Ba ntse ba re: “Ke mang ea re bonang?

Ke mang ea tsebang ka rona?”+

16 Le sotha lintho hakaakang!*

Na sebopi se ka nkoa se tšoana le letsopa?+

Na ntho e entsoeng e ka re ka moetsi oa eona:

“Ha kea etsoa ke eena”?+

Na ntho e entsoeng e ka re ka moetsi oa eona:

“Ha a tsebe letho”?+

17 Ka mor’a nakoana e seng kae feela, Lebanone e tla fetoloa serapa sa lifate tsa litholoana+

’Me serapa sa lifate tsa litholoana se tla nkoa e le moru.+

18 Letsatsing leo, ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa mantsoe a buka.

Ba sa boneng ba tla lokolloa botšong le lefifing ebe baa bona.+

19 Ba bonolo ba tla thaba haholo ka lebaka la Jehova

Le bafutsana ba tla thaba ka lebaka la Mohalaleli oa Iseraele.+

20 Mohatelli a ke ke a hlola a e-ba teng,

Moithorisi o tla felisoa

Le bohle ba lulang ba le malala-a-laotsoe bakeng sa ho ntša kotsi ba tla felisoa+

21 Hammoho le ba etselletsang batho ba bang,

Ba chehang leraba bakeng sa ea buellang nyeoe ea hae* keiting ea motse+

Le bao ka likhang tse se nang thuso ba hanelang ea lokileng ka toka.+

22 Ka hona, Jehova ea lopolotseng Abrahama,+ o re ho ntlo ea Jakobo:

“Jakobo a ke ke a hlola a soaba,

Sefahleho sa hae se ke ke sa hlola se pulufala.*+

23 Ha a bona bana ba hae,

Bao e leng mosebetsi oa matsoho a ka, ba e-na le eena,+

Ba tla halaletsa lebitso la ka,

Ba halaletse Mohalaleli oa Jakobo

’Me ba hlomphe Molimo oa Iseraele.+

24 Ba khelohileng ba tla fumana kutloisiso

Le ba tletlebang ba tla fumana thupelo.”

30 Jehova o re: “Ho malimabe bana ba manganga,+

Ba phethang merero eo e seng ea ka,+

Ba etsang lilekane* empa ba sa tataisoe ke moea oa ka

E le hore ba phaelle sebe ka sebe.

 2 Ba theohela Egepeta+ ba sa bua le ’na,*+

Ho batla tšireletso ho Faro*

Le ho tšabela moriting oa Egepeta.

 3 Empa tšireletso e tsoang ho Faro e tla ba soabisa

’Me setšabelo moriting oa Egepeta e be sesosa sa ho tlotloloha.+

 4 Likhosana li Zooane+

Le baromuoa ba fihlile Hanese.

 5 Kaofela ba tla soabisoa

Ke batho ba sa ba tlisetseng molemo,

Ba sa ba thuseng ka letho,

Ba tla ba hlabisa lihlong le ho ba tlotlolla feela.”+

6 Phatlalatso e tobisitsoeng ho liphoofolo tsa boroa:

Naheng ea mahlomola le mathata,

Naheng ea tau, tau e rorang,

Ea marabe le noha e lebelo e chefo,*

Ba tlama maruo a bona holim’a litonki

Le limpho tsa bona liloteng tsa likamele.

Empa lintho tsena li ke ke tsa tsoela batho molemo.

 7 Thuso ea Egepeta ke ea lefeela.+

Kahoo, ke e bitsitse “Rahaba+ ea lulang a tsitsitse.”

 8 Joale e-ea u ngole phatlalatso ena letlapeng ba le teng

’Me u e ngole bukeng+

E le hore e tle e sebetse nakong e tlang

E le bopaki bo tla lula bo le teng.+

 9 Ke sechaba se sa mameleng,+ bana ba bolotsana,+

Ba sa rateng ho utloa molao* oa Jehova.+

10 Ba re ho baprofeta, ‘Le se ke la bona’

Eaba ba re ho ba bonang lipono, ‘Le se ke la re bolella lintho tsa ’nete tseo le li boneng.+

Re bolelleng lintho tse re thabisang.* Re profeteleng lintho tsa bohata.+

11 Khelohang tsela. Fapohang tsela.

Khaotsang ho beha Mohalaleli oa Iseraele ka pel’a rona.’+

12 Kahoo, Mohalaleli oa Iseraele o re:

“Kaha le hana ho mamela lentsoe la ka,+

Le tšepa bolotsana le mano

Ebile le itšetleha ka tsona,+

13 Ka lebaka leo, phoso ea lona e tla tšoana le lerako le petsohileng.

E tšoane le lerako le phahameng le sekameng,

Le tla oa hang-hang, ka tšohanyetso.

14 Le tla pshatleha joaloka nkho e kholo ea sebopi,

E pshatlehileng hoo ho ke keng ha e-ba le leqhetsoana le salang

Leo ho ka bokelloang mollo ifo ka lona

Kapa ha khuoa metsi qanthaneng.”*

15 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, Mohalaleli oa Iseraele, o re:

“Haeba le khutlela ho ’na ’me le phomola le tla pholosoa.

Haeba le khoba matšoafo ’me le ntšepa le tla ba matla.”+

Empa le hanne.+

16 Le itse: “Che, re tla baleha re palame lipere.”

Kahoo le tla baleha.

“Re tla palama lipere tse lebelo.”+

Kahoo, ba le lelekisang ba tla tla ka potlako.+

17 Batho ba sekete ba tla thothometsoa ke litšoso tsa motho a le mong.+

Le tla baleha ka lebaka la litšoso tsa ba bahlano

Ho fihlela ba setseng ba lona ba le joaloka palo e emeng e le ’ngoe tlhorong ea thaba

Le joaloka folakha leralleng.+

18 Empa Jehova o letile ka mamello hore a le hauhele+

’Me o tla nka khato, a le hauhele.+

Jehova ke Molimo oa toka.+

Ho thaba bohle ba mo letetseng.*+

19 Ha batho ba lula Sione e Jerusalema,+ ho hang u ke ke oa lla.+ Ruri o tla u hauhela ha u lla u kopa thuso. Hang ha a utloa seboko sa hao, o tla le araba.+ 20 Le hoja Jehova Morupeli oa lona e Moholo a tla le fa bohobe ba mahlomola le metsi a khatello,+ ha a sa tla hlola a ipata ’me le tla bona Morupeli oa lona e Moholo.+ 21 Le tla utloa lentsoe ka mor’a lona le reng, “Tsela ke ena.+ Tsamaeang ho eona,” le se ke la ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali.+

22 Le tla silafatsa litšoantšo tsa lona tse betliloeng tse pentiloeng ka silevera le liemahale tsa tšepe tse pentiloeng ka khauta.+ Le tla li lahla joaloka lesela le litšila* ’me le re ho tsona, “Tlohang mona!”*+ 23 O tla le nesetsa pula bakeng sa peo eo le e jalang mobung.+ Bohobe bo hlahisoang ke lefatše bo tla ba bongata ’me bo be le limatlafatsi.*+ Letsatsing leo, liphoofolo tseo le li ruileng li tla fula makhulong a maholo.+ 24 Likhomo le litonki tse lemang naha li tla ja furu e nokiloeng ka sorele, e olositsoeng ka kharafu le fereko. 25 Lithabeng tsohle tse telele le maralleng ’ohle a phahameng, ho tla ba le melapo le liforo tsa metsi+ letsatsing la polao e kholo ha litora li oa. 26 Khanya ea khoeli e tolokileng e tla tšoana le khanya ea letsatsi. Mohla Jehova a tlamisang leqeba la batho ba hae+ ’me a folisa leqeba le lebe le bakiloeng ke kotlo ea hae,+ khanya ea letsatsi e tla eketsoa hasupa joaloka khanya ea matsatsi a supileng.+

27 Jehova o* tla a tsoa hole,

O tuka ke bohale ’me o tla ka maru a matšo.

Molomo oa hae o tletse khalefo,

Leleme la hae le tšoana le mollo o timetsang.+

28 Phefumoloho* ea hae e tšoana le molapo o phoroselang o fihlang molaleng

Hore a sisinye lichaba ka sefeng e bolaeang.*

Batho ba tla ba le tomo mehlahareng ea bona+ e tla ba khelosa.

29 Empa pina ea lona e tla ba joaloka e binoang bosiu

Ha le itokisetsa* mokete,+

Lipelo tsa lona li tla thaba joaloka motho

Ea tsamaeang a letsitse lekolilo,

A le tseleng e lebang thabeng ea Jehova, Lefika la Iseraele.+

30 Jehova o tla etsa hore lentsoe la hae le matla+ le utluoe,

A etse hore ba bone ha letsoho la hae+ le theoha le hlasela ka bohale bo tukang,+

Ka lelakabe la mollo o timetsang,+

Ka lipula tsa litloebelele,+ sefefo sa sealuma le sefako.+

31 Baasiria ba tla tšosoa ke lentsoe la Jehova.+

O tla ba otla ka molamu.+

32 Nako le nako ha Jehova a otla Baasiria

Ka molamu oa hae o otlang,

Ho tla thoholetsoa ka meropa e menyenyane le liharepa+

Ha a ntse a tsoka letsoho la hae khahlanong le bona ntoeng.+

33 Tofethe*+ ea hae e se e hlophiloe.

E boetse e hlophetsoe morena.+

Sekoti seo a se entseng bakeng sa qubu ea patsi se tebile ebile se sephara,

Mollo le patsi li ngata.

Phefumoloho ea Jehova e tla chesa Tofethe

Joaloka molapo o phoroselang oa sebabole.

31 Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso,+

Ba tšepang lipere,+

Ba tšepang likariki tsa ntoa hobane li le ngata

Le lipere tsa ntoa* hobane li le matla

Empa ba sa tšepe Mohalaleli oa Iseraele

Ba bile ba sa batle thuso ea Jehova.

 2 Leha ho le joalo, o bohlale ’me o tla tlisa tlokotsi,

A ke ke a hula mantsoe a hae.

O tla nkela baetsi ba bobe khato

Le ba thusang baetsi ba bobe.+

 3 Empa Baegepeta ke batho feela, ha se Molimo

Le lipere tsa bona ke nama, ha se moea.+

Ha Jehova a otlolla letsoho la hae,

Mang kapa mang ea fanang ka thuso o tla khoptjoa

Le ea thusoang o tla oa.

Kaofela ba tla felisoa ka nako e le ’ngoe.

 4 Jehova o itse ho ’na:

“Feela joalokaha tau e nyenyane e matla* e rorela phofu ea eona

Ha e bitselitsoe sehlopha sa balisa,

E sa tšosoe ke mantsoe a bona

Kapa e sa tsitsipanngoe ke moferefere oa bona,

Ka tsela e tšoanang, Jehova oa mabotho o tla theoha ho tla loanela

Thaba ea Sione le leralla la eona.

 5 Joaloka linonyana tse fofang ka lebelo, Jehova oa mabotho o tla potlakela ho sireletsa Jerusalema.+

O tla mo sireletsa ’me a mo pholose,

A mo qenehele ’me a mo pholose.”

6 “Khutlelang ho Eo le mo fetohetseng haholo, lona sechaba sa Iseraele.+ 7 Letsatsing leo, e mong le e mong o tla lahla melimo ea hae e se nang thuso ea silevera le khauta e leng sebe seo le se entseng ka matsoho a lona.

 8 Moasiria o tla lihuoa ka sabole empa eseng ea motho.

O tla bolaoa ka sabole eo eseng ea motho.+

O tla baleha sabole

’Me bahlankana ba hae ba tla qobelloa ho etsa mosebetsi o boima.

 9 Lefika la hae le tla feta ka lebaka la ho tšoha haholo,

Likhosana tsa hae li tšohe ka lebaka la pontšo,” ke Jehova ea chong joalo,

Eo khanya* ea hae e leng Sione le eo sebopi sa hae sa mollo se leng Jerusalema.

32 Morena+ o tla busa ka ho loka+

Le likhosana li tla busa ka toka.

 2 Khosana ka ’ngoe e tla ba sebaka sa ho ipatela moea

Le sebaka* sa ho ipatela pula e nang ka sefefo.

E tla ba joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi+

Joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e omeletseng.

 3 Mahlo a ba bonang a ke ke a hlola a koaleha

Le litsebe tsa ba utloang li tla mamela ka hloko.

 4 Lipelo tsa ba potlakang ho tlola li tla thuisa ka tsebo

Le ba lehoelea* ba tla bua ka tsela e hlakileng le e utloahalang.+

 5 Ha ho sa tla hlola ho thoe motho ea khopo oa fana

Le motho ea se nang boitšoaro, a ke ke a bitsoa mohlomphehi.

 6 Motho ea khopo o tla bua lintho tse se nang kelello,

Pelo ea hae e tla rera lintho tse kotsi+

E le hore a koenehele Molimo* le ho bua mashano ka Jehova

Hore a time motho ea lapileng lijo

Le hore a time motho ea nyoriloeng ntho e nooang.

 7 Litsela tsa motho ea se nang boitšoaro li mpe.+

O khothaletsa ba bang ho etsa boitšoaro bo hlabisang lihlong

E le hore a timetse motho ea mahlomoleng ka mashano+

Leha mofutsana a bua se nepahetseng.

 8 Empa ea fanang o na le merero ea ho fana

’Me o lula a batla mekhoa ea ho fana.

 9 “Lona basali ba iketlileng, emang le mamele lentsoe la ka.

Lona barali ba sa tsotelleng,+ mamelang ka hloko hore na ke re’ng.

10 Nakoana ka mor’a selemo, lona ba sa tsotelleng le tla thothomela ke letsoalo

Hobane ha ho litholoana tse tla beng li bokeletsoe ha kotulo ea morara e fela.+

11 Thothomelang, lona basali ba lutseng ba iketlile.

Ferekanang, lona ba sa tsotelleng.

Hlobolang le sale le sa apara,

Le itlame matheka ka lesela le hoashang.*+

12 Ikotleng lifuba le lle,

Le llele masimo a matle le sefate sa morara se behang litholoana tse ntle.

13 Naha ea batho ba ka e tla koaheloa ke meutloa le lihlabahlabane.

Li tla koahela matlo ’ohle a boithabiso,

Motse oa thabo.+

14 Tora e sirelelitsoeng ka thata e tlohetsoe,

Motse o lerata o lahliloe kherehloa.+

Ofele*+ le tora ea ho lebela li fetohile lithako,

Ke moo litonki tse hlaha li thallang* teng,

Ke lekhulo la mehlape,+

15 Ho fihlela moea o theohela ho rona o tsoa holimo+

’Me lefeella le fetoha serapa sa lifate tsa litholoana,

Le serapa sa lifate tsa litholoana se nkoa e le moru.+

16 Toka e tla ba teng lefeelleng

Le ho loka ho be teng serapeng sa lifate tsa litholoana.+

17 Ho loka ha ’nete ho tla etsa hore ho be le khotso+

’Me litholoana tsa ho loka ha ’nete e tla ba khutso le tšireletseho e sa feleng.+

18 Sechaba sa ka se tla lula sebakeng se nang le khotso,

Libakeng tse sireletsehileng le libakeng tse nang le khutso.+

19 Empa sefako se tla ruthutha moru

’Me motse o tla batalla.

20 Ho thaba lona ba jalang peo hohle moo ho nang le metsi,

Ba romelang* pholo le tonki.”+

33 Ho malimabe uena ea senyang u e-s’o senngoe,+

Uena molotsana ea e-s’o etsetsoe bolotsana.

Hang ha u qeta ho senya, u tla senngoa.+

Hang ha u qeta ho etsa bolotsana, u tla etsetsoa bolotsana.

 2 Jehova, re hauhele.+

Re u tšepile.

E-ba matla* a rona+ hoseng ho hong le ho hong,

Re pholose nakong ea mahlomola.+

 3 Batho baa baleha ha ba utloa molumo o lerata.

Lichaba lia qhalakana ha u phahama.+

 4 Thepa ea lona e hapuoeng e tla bokelloa joalokaha litsie tse senyang li bokana,

Batho ba tla e senya joaloka lihlopha tsa litsie.

 5 Jehova o tla phahamisoa

Hobane o lula holimo moo ho phahameng.

O tla tlatsa Sione ka toka le ho loka.

 6 O etsa hore bophelo* ba lona bo tsitse.

Poloko e kholo,+ bohlale, tsebo le ho tšaba Jehova+

Ke letlotlo la hae.

 7 Bahale ba bona* ba lla seboko seterateng,

Baromuoa ba khotso ba lla habohloko.

 8 Litsela tse kholo li tlohetsoe feela,

Ha ho na motho ea tsamaeang litseleng.

O* tlotse selekane,

O hlompholotse metse,

Ha a tsotelle batho.+

 9 Naha e utloile bohloko ’me e omeletse.

Lebanone e soabile,+ e bolile.

Sharone e joaloka lehoatata,

Bashane le Karmele li hlohlora makhasi a tsona.+

10 Jehova o re, “Joale ke tla ema,

Ke tla bontša hore ke matla+

’Me ke tla itlotlisa.

11 Lona batho ba khopo, merero le mesebetsi ea lona ha e na thuso, e joaloka joang bo ommeng le litlhaka.

Menahano ea lona e mebe e tla le qeta joaloka mollo.+

12 Lichaba li tla tšoana le molora oa kalaka e chesitsoeng.

Li tla chesoa ka mollo joaloka meutloa e fothotsoeng.+

13 Lona batho ba hole haholo, utloang hore na ke tla etsa’ng.

Le lona ba haufi, lemohang matla a ka.

14 Baetsalibe ba leng Sione ba tšohile,+

Bakoenehi baa thothomela:

‘Ke mang ho rona ea ka lulang mollong o timetsang?+

Ke mang ho rona ea ka lulang malakabeng a sa timeng?’

15 Ke ea tsoelang pele ho etsa lintho tse nepahetseng,*+

Ea buang lintho tse lokileng,+

Ea hanang ho rua ka bolotsana le ka ho qhekella,

Eo matsoho a hae a hanang tjotjo ho e-na le ho e nka,+

Ea ithibang litsebe hore a se ke a utloa tsa tšollo ea mali

Le ea ikoalang mahlo hore a se ke a bona lintho tse mpe.

16 O tla lula phahameng,

Setšabelo sa hae se sireletsehileng* se tla ba libakeng tse mafika.

O tla fuoa bohobe,

Metsi a hae a ke ke a fela.”+

17 Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae,

A tla bona naha e hole.

18 Ka pelong u tla hopola* ntho e tšosang:

“Mongoli o kae?

O kae ea neng a bekha lekhetho?+

O kae ea balileng litora?”

19 U ke ke oa hlola u bona batho ba tellang,

Batho ba buang puo e sa hlakang,* eo u sa e utloisiseng,

Ba lehoelea, bao u sa khoneng ho utloisisa puo ea bona.+

20 Bonang Sione, motse oo re ketekelang ho oona.+

Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka se nang le khutso,

E le tente e ke keng ea tlosoa.+

Ha ho mohla litšepe tsa tente li tla ntšoa,

Ha ho thapo leha e le ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto.

21 Empa sebakeng seo Ea Hlomphehang, Jehova

O tla re sireletsa joalokaha linoka le linokana li sireletsa motse.

Ha ho likepe tse tla feta moo

Ebile ha ho likepe tse kholo tse tla feta teng.

22 Jehova ke Moahloli oa rona,+

Jehova ke eena ea re fang melao,+

Jehova ke Morena oa rona.+

Ke eena ea tla re pholosa.+

23 Liropo li tla leketla,

Li ke ke tsa tšehetsa lipalo tsa sekepe kapa tsa hula seile.

Ka nako eo, thepa e ngata e hapuoeng e tla aroloa

Le ba holofetseng ba tla inkela thepa e ngata.+

24 Ha ho moahi ea tla re: “Kea kula.”+

Batho ba lulang naheng eo ba tla tšoareloa liphoso tsa bona.+

34 Atamelang le utloe lona lichaba,

Mamelang ka hloko lona lichaba.

Lefatše le tsohle tse ho lona le mamele

Le naha le lihlahisoa tsohle tsa eona.

 2 Jehova o halefetse lichaba tsohle,+

O halefetse mabotho ’ohle a tsona.+

O tla li felisa,

O tla li bolaea.+

 3 Ba bolailoeng har’a tsona ba tla ntšetsoa ka ntle,

Seputa sa litopo tsa bona se tla nyoloha.+

Lithaba li tla qhibiliha ka lebaka la* mali a bona.+

 4 Lebotho lohle la maholimo le tla bola

Maholimo a tla phuthoa joaloka moqolo.

Lebotho lohle la ’ona le tla pona

Joalokaha lekhasi le ponneng le oa sefateng sa morara

Le joalokaha feie* e ponneng e oa sefateng sa feie.

 5 “Sabole ea ka e tla rotha mali maholimong.+

E tla theohela Edomo ho fana ka kahlolo+

Ho batho bao ke entseng qeto ea ho ba felisa.

 6 Jehova o na le sabole. E tla tlala mali.

E tla tlala mafura,+

Mali a liramo tse nyenyane le lipoli,

Mafura a liphio tsa liramo.

Jehova o na le sehlabelo Bozra,

O tla hlaba batho ba bangata haholo naheng ea Edomo.+

 7 Lipoho tse hlaha* li tla theoha le bona,

Lipohoana hammoho le ba matla.

Naha ea bona e tla tlala mali

Lerole la bona le tlale mafura.”

 8 Jehova o na le letsatsi leo a tla iphetetsa ka lona,+

Selemo seo a tla fana ka kotlo nyeoeng ea Sione.+

 9 Melapo ea hae* e tla fetoha sekontiri,

Lerole la hae le fetohe sebabole,

Sebaka sa hae se tla ba joaloka sekontiri se tukang.

10 Edomo e ke ke ea tima bosiu kapa motšehare,

Mosi oa eona o tla kubella ka ho sa feleng.

E tla lula e se na baahi ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong,

Le ka mohla ho ke ke ha e-ba le ea fetang ho eona.+

11 Noko le letata le jang litlhapi li tla lula ho eona,

Liphooko le makhoaba a tla lula ho eona.

Molimo o tla metha naha ena ka khoele e methang le e otlollang* e le ho bontša

Hore o tla e felisa.

12 Ha ho bahlomphehi ba hae ba tla etsoa marena

’Me likhosana tsohle tsa hae li tla timela.

13 Meutloa e tla mela litoreng tsa hae tse tiileng,

Bobatsi le litlama-tlama tse meutloa li mele liqhobosheaneng tsa hae,

O tla fetoha selao* sa liphokojoe,+

Lehae la limpshe.

14 Liphoofolo tsa lehoatata li tla kopana le lintja tse hlaha*

Le poli e hlaha* e tla bitsa motsoalle oa eona.

Semanama* se tla lula ’me se iphumanele sebaka sa phomolo moo.

15 Noha e tla etsa sehlaha ’me e behele mahe teng,

E tla a qhotsa ’me e sireletse malinyane a eona.

Linonyana tse jang nama li tla bokana teng, e ’ngoe le e ’ngoe le molekane oa eona.

16 Batlisisang ka bukeng ea Jehova ’me le e balle holimo:

Ha ho le e ’ngoe ea liphoofolo tseo e tla ba sieo.

Ha ho le e ’ngoe ea tsona e tla hloka molekane

Hobane ke molomo oa Jehova o faneng ka taelo

’Me ke moea oa hae o li bokeletseng.

17 Ke Eena ea lahlang lotho bakeng sa tsona,

Letsoho la hae le khethile sebaka sa tsona seo li se abetsoeng.*

Li tla lula ho sona ka ho sa feleng,

Meloko eohle e tla latela e tla lula ho sona.

35 Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba+

Le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.+

 2 Joang kapa joang e tla thunya,+

E tla thaba e be e hoeletse e thabile.

E tla fuoa khanya ea Lebanone,+

E fuoe botle ba Karmele+ le ba Sharone.+

Ba tla bona khanya ea Jehova, botle ba Molimo oa rona.

 3 Matlafatsang matsoho a fokolang

’Me le tiise mangole a tšeremang.+

 4 E-reng ho ba lipelo li tšoenyehileng:

“E-bang matla. Le se ke la tšoha.

Molimo oa lona o tla iphetetsa,

A fane ka kotlo.+

O tla tla ’me a le pholose.”+

 5 Ka nako eo, mahlo a lifofu a tla tutuboloha+

Le litsebe tsa ba sa utloeng li bulehe.+

 6 Ka nako eo, ea holofetseng o tla tlola-tlola joaloka khama,+

Ea sa khoneng ho bua o tla hoeletsa a thabile.+

Metsi a tla kolla lefeelleng

Le melapo e phalle lehoatateng.

 7 Sebaka se chesitsoeng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka,

Mobu o nyoriloeng e be liliba tsa metsi.+

Lilaong* tseo liphokojoe li neng li phomola ho tsona+

Ho tla ba le joang bo botala, lehlaka le loli.

 8 Ho tla ba le tsela e kholo,+

E bitsoang Tsela ea Khalalelo.

Motho ea sa hloekang a ke ke a tsamaea ho eona.+

E boloketsoe ea lumeletsoeng ho tsamaea ho eona.

Ha ho mang kapa mang ea se nang kelello ea tla khelohela ho eona.

 9 Ho ke ke ha e-ba le tau moo.

Ha ho libata tse bohale tse tla tla ho eona.

Li ke ke tsa fumanoa moo,+

Ho tla tsamaea feela ba rekiloeng kholehong.+

10 Ba lopolotsoeng ke Jehova ba tla khutla+ ’me ba tle Sione ka mohoo oa thabo.+

Ba tla roala korone ea thabo ho ea ho ile.+

Ba tla fumana thabo e khaphatsehang le nyakallo,

Mesarelo le masisa-pelo e tla ba pale ea maobane.+

36 Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena oa Asiria+ a hlasela metse eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka thata ’me a e hapa.+ 2 Eaba morena oa Asiria o roma Rabshake*+ le lebotho le leholo la sesole ho tsoa Lakishe+ hore ba ee Jerusalema ho Morena Ezekiase. Ba ile ba ema pel’a kotopo ea letamo le ka holimo,+ tseleng e kholo e eang moo motho ea hlatsoang a sebetsang teng.+ 3 Joale Eliakime+ mora oa Hilkia ea neng a hlokometse ba ntlo ea morena,* mongoli Shebna+ le motlalehi Jooa mora oa Asafe ba ea ho eena.

4 Kahoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase, ‘Morena e moholo, morena oa Asiria o re: “U tšepile’ng?+ 5 U ipoleletse hore u na le leqheka le matla a ho loana empa mantsoe ao ha a na thuso. Ebe u tšepile mang ha u le sebete sa ho mphetohela tjee?+ 6 U tšepile hore u tla itšetleha ka Egepeta, lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ea ka itšetlehang ka lona. Faro morena oa Egepeta, o joalo ho bohle ba mo tšepang.+ 7 Haeba u re le tšepile Jehova Molimo oa lona, na ha se uena Ezekiase ea ileng a tlosa libaka tse phahameng le lialetare+ tsa hae eaba u re batho ba Juda le ba Jerusalema ba khumame ka pel’a aletare e Jerusalema?”’+ 8 Joale ke kopa u etse tumellano ena le khosi ea ka morena oa Asiria:+ Ke tla u fa lipere tse 2 000 haeba u ka li fumanela bapalami. 9 Le hoja Egepeta e ka le fa likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena oa rona. 10 Na u nahana hore ke hlasetse naha ee ntle ho tumello ea Jehova? Jehova ke eena ea itseng ke hlasele naha ena ’me ke e felise.”

11 Eliakime, Shebna+ le Jooa ba re ho Rabshake:+ “Re kopa u bue le rona ka puo ea Searame* hobane rea e utloisisa. U se ke oa bua le rona ka puo ea Bajuda+ hobane batho ba lerakong ba ntse ba utloa.”+ 12 Empa Rabshake a re: “Le nahana hore moren’a ka o nthometse ho bolella lona le morena oa lona feela mantsoe aa? O nthomme le ho banna ba lutseng holim’a lerako. Ba tla ja mantle a bona le ho noa mosese* oa bona ’me le lona le tla etsa joalo.”

13 Rabshake a ema ’me a hoeletsa ka puo ea Bajuda+ a re: “Mamelang mantsoe a morena e moholo, morena oa Asiria.+ 14 Morena o re, ‘Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a khona ho le pholosa.+ 15 Hape, le se ke la lumella Ezekiase ho etsa hore le tšepe Jehova+ ha a re: “Jehova o tla re pholosa ’me motse ona o ke ke oa felisoa ke morena oa Asiria.” 16 Le se ke la mamela Ezekiase kaha ’na morena oa Asiria ke re: “Bopang khotso le ’na ’me le inehele* e le hore kaofela le ka ja lifateng tsa lona tsa morara le tsa feie* le be le noe metsi a liliba tsa lona, 17 ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le ea lona,+ e nang le koro* le veine e ncha, bohobe le lirapa tsa morara. 18 Le se ke la khelosoa ke Ezekiase ha a re, ‘Jehova o tla re lopolla.’ Na ho na le sechaba seo molimo oa sona a kileng a se pholosa ho morena oa Asiria?+ 19 E kae melimo ea Hamathe le Arpade?+ E kae melimo ea Sefarvaime?+ Na e ile ea pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 20 Ke molimo ofe har’a melimo eohle ea linaha tsee ea ileng a pholosa naha ea hae ha ke e hlasela, hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+

21 Ba thola tu! eaba ha ba mo arabe hobane Morena Ezekiase o ne a itse ba se ke ba mo araba.+ 22 Eliakime mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse ba ntlo ea morena* le mongoli Shebna+ le motlalehi Jooa mora oa Asafe ba tla ho Ezekiase ba tabotse liaparo tsa bona ’me ba mo bolella hore na Rabshake o itse’ng.

37 Hang ha Morena Ezekiase a utloa litaba tsena, a tabola liaparo tsa hae a apara lesela le hoashang* eaba o ea ntlong ea Jehova.+ 2 A romela Eliakime mohlokomeli oa ntlo ea morena,* mongoli Shebna le baholo ba baprista ho moprofeta Esaia+ mora oa Amoze. Ba ne ba apere masela a hoashang.* 3 Ba mo bolella mantsoe a Ezekiase a reng: “Letsatsi lena ke la mathata, la ho khalemeloa le la ho tlotlolloa. Re tšoana le mosali ea haufi le ho ba le ngoana* empa a se na matla a ho beleha.+ 4 Mohlomong Jehova Molimo oa hao o tla utloa mantsoe ’ohle ao morena oa Asiria a a buileng a sebelisa Rabshake e le hore a some Molimo ea phelang.+ Jehova Molimo oa hao o tla mo khalemela ka lebaka la mantsoe ao a a utloileng. Re rapelle+ rona batho ba ntseng ba setse.”+

5 Bahlanka ba Morena Ezekiase ba fihla ho Esaia.+ 6 Eaba Esaia o re ho bona: “Le lokela ho re ho morena oa lona, ‘Jehova o re: “U se ke oa tšosoa+ ke mantsoe ao u utloileng bahlanka ba morena oa Asiria+ ba nthohaka ka ’ona. 7 Ke kenya monahano kelellong ea hae. O tla utloa tlaleho ebe o khutlela naheng ea hae+ a be a bolaoe ka sabole moo.”’”+

8 Ka mor’a hore Rabshake a utloe hore morena oa Asiria o tlohile Lakishe, a khutlela ho eena ’me a mo fumana a ntse a loantša Libna.+ 9 Morena oa Asiria a utloa ho thoe Morena Tirhaka oa Ethiopia o tl’o mo loantša. Ha a utloa taba ena, a roma batho hape ho Ezekiase+ a re: 10 “Le re ho Morena Ezekiase oa Juda, ‘U se ke oa lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse, ha a re morena oa Asiria a ke ke a hlola Jerusalema.+ 11 U utloile hore na marena a Asiria a ile a felisa linaha tse ling joang.+ Hobane’ng ha u nahana hore uena u tla pholoha? 12 Na melimo ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba ileng ba li felisa e ile ea li pholosa?+ Se kae sechaba sa Gozane, Harane,+ Rezefe le batho ba Edene ba neng ba le Tel-asare? 13 O kae morena oa Hamathe, oa Arpade, oa metse ea Sefarvaime,+ oa Hena le oa Iva?’”

14 Ezekiase a nka mangolo ho baromuoa a a* bala. A ea ntlong ea Jehova eaba o a bula ka pel’a Jehova.+ 15 Ezekiase a rapela Jehova+ a re: 16 “Jehova oa mabotho,+ Molimo oa Iseraele, uena ea lutseng teroneng ka holim’a* likerubime, ke uena feela Molimo oa ’nete mebusong eohle e lefatšeng. U entse maholimo le lefatše. 17 Jehova utloa u be u mamele.+ Jehova, sheba ’me u bone.+ Utloa mantsoe ’ohle a tsoang ho Sankeribe ao a somang Molimo ea phelang ka ’ona.+ 18 Jehova, ke ’nete hore marena a Asiria a felisitse linaha+ tsohle hammoho le naha ea ’ona. 19 A ile a chesa melimo+ ea tsona hobane e ne e le melimo e iketselitsoeng,+ e entsoeng ka patsi le lejoe. Ke kahoo a ileng a khona ho e felisa. 20 Jehova Molimo oa rona re pholose ho morena oa Asiria e le hore mebuso eohle ea lefatše e ka tseba hore uena Jehova u Molimo u le mong.”+

21 Esaia mora oa Amoze a romella Ezekiase molaetsa o reng: “Jehova Molimo oa Iseraele o re, ‘Kaha u nthapetse ka lebaka la Morena Sankeribe oa Asiria,+ 22 Jehova o re ho eena:

“Moroetsana oa Sione o u hloile ebile oa u tšeha.

Morali oa Jerusalema o sisinya hlooho ha a u bona.

23 Na oa tseba hore ke mang eo u mo rohakang+ le ho mo tella?

Ke mang eo u mo halefetseng+

Le ho mo sheba hampe?

Ke Mohalaleli oa Iseraele.+

24 U nyefotse Jehova u sebelisa bahlanka ba hao+ oa re:

‘Ka likariki tsa ka tsa ntoa tse ngata

Ke tla hloella ka holim’a lithaba,+

Libakeng tse hole tsa Lebanone.

Ke tla rema lifate tsa eona tsa kedare tse telele le lifate tsa eona tse ntle tsa junipere.

Ke tla fihla lithabeng tsa eona tse phahameng ka ho fetisisa, morung oa eona o teteaneng haholo.

25 Ke tla cheka liliba ’me ke noe metsi.

Ke tla pshesa linokana* tsa Egepeta ka maoto a ka.’

26 Na ha oa utloa hore khale ke rerile* ho etsa ntho eo?

Ke nahanne ka eona* ho tloha mehleng ea khale.+

Joale ke tla e phetha.+

U tla etsa hore metse e sirelelitsoeng ka thata e be qubu ea majoe.+

27 Baahi ba eona ba tla felloa ke matla.

Ba tla tšoha ’me ba hlajoe ke lihlong.

Ba tla ba joaloka limela tsa naha le joang bo botala

Joaloka joang bo melang ka holim’a ntlo bo omelelitsoeng ke moea oa bochabela.

28 Ke tseba hantle ha u lula, ha u tsoa, ha u kena+

Leha u nkhalefetse.+

29 Ke utloile kamoo u nkoatetseng+ le ho nkhalefela kateng.+

Kahoo, ke tla kenya hakisi ea ka ka nkong ea hao le tomo ea ka+ pakeng tsa molomo oa hao.

Ke tla u khutlisetsa morao ka tsela eo u tlileng ka eona.”

30 Ezekiase o tla bona ka lintho tse latelang hore sena se tla phethahala: Selemong sena le selemong sa bobeli le tla ja koro* e itlhahisitseng. Empa ka selemo sa boraro le tla lema le be le kotule ’me le tla lema lirapa tsa morara le be le je litholoana tsa tsona.+ 31 Batho ba Juda ba setseng+ ba tla tšoana le limela tse metseng ka metso ’me ba hlahise litholoana. 32 Batho ba setseng ba tla tsoa Jerusalema ’me ba phonyohileng ba tsoe Thabeng ea Sione.+ Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.+

33 Jehova o itse ka morena oa Asiria:+

“A ke ke a kena motseng ona+

Kapa a betsetsa motsu ho oona.

A ke ke a tla ho oona a nkile thebe

Kapa a haha qubu e o thibellang.”+

34 Jehova o re: ‘Morena oa Asiria o tla khutla ka tsela eo a tlileng ka eona.

A ke ke a kena motseng ona.

35 Ke tla sireletsa motse+ ona ’me ke o pholose ka lebaka la lebitso la ka+

Le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.’”+

36 Lengeloi la Jehova la tla ’me la bolaea masole a 185 000 litenteng tsa Baasiria. Ha batho ba tsoha hoseng, ba fumana masole ao a shoele kaofela.+ 37 Morena Sankeribe oa Asiria a khutlela Ninive+ ’me a lula teng.+ 38 Ha a ntse a rapela tempeleng* ea molimo oa hae Nisroke, bara ba hae e leng Adrameleke le Sharezere ba mo bolaea ka sabole+ ’me ba balehela naheng ea Ararate.+ Mora oa hae Esare-hadone+ ea e-ba morena.

38 Mehleng eo, Ezekiase a kulela lefu.+ Eaba moprofeta Esaia+ mora oa Amoze o fihla ho eena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka litaelo ho ba lelapa la hao hobane u ke ke oa fola empa u tla shoa.’”+ 2 Eaba Ezekiase o sheba leboteng ’me o rapela Jehova o re: 3 “Kea u kopa hle Jehova, ke kopa u hopole+ kamoo ke u sebelelitseng ka botšepehi kateng le ka pelo eohle+ ’me ke etsa lintho tse u thabisang.” Ezekiase a lla habohloko.

4 Joale Jehova a re ho Esaia: 5 “Khutla ’me u re ho Ezekiase,+ ‘Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida o re: “Ke utloile thapelo ea hao.+ Ke bone meokho ea hao.+ Kahoo, ke eketsa bophelo* ba hao ka lilemo tse 15.+ 6 Ke tla u pholosa hammoho le motse ona ho morena oa Asiria ’me ke tla sireletsa motse ona.+ 7 Lena ke letšoao le tsoang ho Jehova le bontšang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng:+ 8 Ke tla etsa hore moriti oa letsatsi o ntseng o theoha ho ea tlase litepising* tsa Akaze o khutlele morao ka mehato e leshome.”’”+ Eaba moriti oa letsatsi o khutlela morao ka mehato e leshome litepising moo o neng o theohile.

9 Tsena ke litaba tse ngotsoeng ke Ezekiase morena oa Juda, ka mor’a hore a kule a be a fole:

10 Ke itse: “Pele ke tsofala

Ke tla kena likeiting tsa Lebitla.*

Ke tla amohuoa lilemo tsa ka tse setseng.”

11 Ke itse: “Nke ke ka bona Jah,* eena Jah naheng ea ba phelang.+

Ha ke sa tla hlola ke sheba batho

Ha ke e-na le baahi ba naha e se nang bophelo.

12 Bophelo ba ka bo lihuoe ’me bo tlositsoe+

Joaloka tente ea molisa.

Ke phuthile bophelo ba ka joaloka seroki se rokang ka foreimi.

Molimo o nkhaola joaloka likhoele tse theosang tsa lesela.

O ntse a nqeta* ho tloha motšehare ho fihlela bosiu.+

13 Ke khoba matšoafo ho fihlela hoseng.

O ntse a roba masapo a ka joaloka tau,

U ntse u nqeta ho tloha motšehare ho fihlela bosiu.+

14 Ke lla joaloka lehaqasi kapa serobele,*+

Ke ntse ke kuruetsa joaloka leeba.+

Mahlo a ka a sheba leholimong a khathetse.+

Jehova, ke imetsoe haholo,

Ntšehetse.+

15 Ke tla re’ng?

O buile le ’na a ba a nka bohato.

Ke tla tsamaea ke ikokobelitse bophelo bohle ba ka

Ka lebaka la mahlomola a ka.*

16 ‘Jehova, e mong le e mong o phela ka lintho tsena,*

Kea phela ka lebaka la tsona.

U tla mpusetsa bophelong bo botle ’me u mpoloke ke phela.+

17 Ke fumane mahlomola a mangata ho e-na le khotso

Empa kaha oa nthata,

U mpholositse sekoting sa timetso.+

U lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.*+

18 Lebitla* le ke ke la u tlotlisa,+

Lefu le ke ke la u rorisa.+

Ba theohelang ka sekoting ba ke ke ba hlola ba bona botšepehi ba hao.+

19 Ba phelang ke bona feela ba ka u rorisang,

Feela joalokaha nka etsa letsatsing lena.

Ntate a ka fa bana ba hae tsebo malebana le botšepehi ba hao.+

20 Jehova, mpholose.

Re tla letsa lipina tsa ka ka liletsa tse likhoele+

Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rona ka tlung ea Jehova.’”+

21 Esaia a re: “Tlisang mangangajane a lifeie* ’me le a tlotse lethopeng e le hore a ka fola.”+ 22 Ezekiase o ne a ile a re: “Ke letšoao lefe le tla bontša hore ke tla ea ntlong ea Jehova?”+

39 Ka nako eo, Merodake-baladane morena oa Babilona, mora oa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase+ hobane o ne a utloile hore Ezekiase o ile a kula empa o folile.+ 2 Ezekiase a amohela baromuoa ba morena a thabile* eaba o ba bontša ntlo ea hae ea matlotlo:+ Silevera, khauta, oli ea balsame le lioli tse ling tsa bohlokoa, moo a neng a beha lihlomo tsohle tsa hae le lintho tsohle tse neng li ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung* ea hae le pusong eohle ea hae.

3 Ka mor’a moo, moprofeta Esaia a fihla ho Morena Ezekiase a re: “Banna baa ba itse’ng? Ba tsoa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tsoa hole naheng ea Babilona.”+ 4 Esaia a re: “Ba bone’ng ka tlung* ea hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung* ea ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontšang lona matlotlong a ka.”

5 Esaia a re ho Ezekiase: “Utloa hore na Jehova oa mabotho o re’ng, 6 Jehova o re:+ ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sohle se ka tlung* ea hao le sohle seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babilona. Ha ho letho le tla sala.+ 7 Ba bang ba bara ba hao bao u tla ba le bona ba tla nkoa ’me e be balaoli ba lekhotla phaleising ea morena oa Babilona.’”+

8 Ezekiase o re ho Esaia: “Molaetsa oo u o buileng o tsoang ho Jehova oa utloahala.” A boela a re: “Ho tla ba le khotso le khutso* ha ke ntse ke phela.”*+

40 Molimo oa lona o re: “Tšelisang, tšelisang batho ba ka.+

 2 Tšelisang* Jerusalema,

Le mo bolelle hore nako ea mahlomola a hae e felile,

Hore molato oa hae o lefuoe.+

Jehova o mo file kotlo e lekaneng hantle* bakeng sa libe tsohle tsa hae.”+

 3 Ho na le motho* ea hoeletsang lefeelleng a re:

“Hlekang* tsela ea Jehova!+

Etsang tsela e kholo e otlolohileng+ bakeng sa Molimo oa rona lehoatateng.+

 4 Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e ke e phahamisoe

’Me thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li ke li theoloe.

Sebaka se khorofo se batalatsoe

Le sebaka se matsaranka e be phula.+

 5 Khanya ea Jehova e tla hlahella+

’Me batho bohle* ba tla e bona+

Hobane Jehova o buile joalo.”

 6 Mamela! E mong o re: “Hoeletsa!”

E mong eena o re: “Ke hoeletse ke re’ng?”

“Batho bohle* ke joang bo botala.

Botšepehi* bohle ba bona bo tšoana le palesa ea naheng.+

 7 Joang bo botala boa omella,

Palesa ea pona+

Hobane phefumuloho* ea Jehova e foka holim’a tsona.+

Kannete batho ba itšoanela feela le joang bo botala.

 8 Joang bo botala boa omella,

Palesa ea pona

Empa lentsoe la Molimo oa rona le tšoarella ka ho sa feleng.”+

 9 Nyolohela thabeng e phahameng,

Uena mosali ea tlisetsang Sione litaba tse monate.+

Phahamisa lentsoe la hao ka matla,

Uena mosali ea tlisetsang Jerusalema litaba tse monate.

Le phahamise, u se ke oa tšaba.

Tsebisa metse ea Juda u re: “Molimo oa lona ke enoa.”+

10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla tla ka matla

’Me letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae.+

Moputso oa hae o ho eena.

Moputso oo a o lefang o ka pel’a hae.+

11 O tla hlokomela* mohlape oa hae joaloka molisa.+

O tla bokella likonyana ka letsoho la hae

’Me o tla li beha sefubeng sa hae.

Tse anyesang malinyane a tsona o tla li tsamaisa hantle.+

12 Ke mang ea methang metsi ka seatla,+

Ea methang boholo ba maholimo ka seatla?*

Ke mang ea bokeletseng lerole la lefatše ka seatleng*+

Kapa a bekha lithaba

Le maralla sekaleng?

13 Ke mang ea methileng* moea oa Jehova?

Ke mang ea ka mo fang litaelo joaloka moeletsi oa hae?+

14 O botsitse mang e le hore a be le kutloisiso?

Ke mang ea mo rutang tsela ea toka,

Ea mo rutang tsebo

Kapa ea mo bontšang tsela ea kutloisiso ea ’nete?+

15 Lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong,

Li nkoa e le lerolenyana le sekaleng.+

O phahamisa lihlekehleke joaloka lerole le lesesaane.

16 Esita le lifate tsa Lebanone ha lia lekana bakeng sa hore mollo o lule o tuka,*

Liphoofolo tsa eona tse hlaha ha lia lekana bakeng sa nyehelo ea secheso.

17 Ho eena lichaba tsohle li tšoana le ntho e sieo.+

O li nka e se letho, e le ntho e se nang thuso.+

18 Le ka tšoantša Molimo le mang?+

Ke’ng eo le ka reng o tšoana le eona?+

19 Setsebi sa mosebetsi oa matsoho se etsa setšoantšo,*

Motho ea sebetsang ka tšepe o se penta ka khauta+

Ebe o tea liketane tsa silevera.

20 O khetha sefate e le nyehelo ea hae,+

Sefate se ke keng sa bola.

O batla setsebi se hloahloa sa mosebetsi oa matsoho

Bakeng sa ho betla setšoantšo se ke keng sa oela.+

21 Na ha le tsebe?

Na ha le e-s’o utloe?

Na ha lea bolelloa ho tloha qalong?

Na ha lea utloisisa ho tloha ha lefatše le thehoa?+

22 Molimo o lula ka holim’a selika-likoe sa lefatše,+

Baahi ba lona ba joaloka marutle.

O otlolla maholimo joaloka lesela le lesesaane la boleng bo phahameng,

O a ala joaloka tente eo ho luloang ho eona.+

23 O theolela balaoli ba phahameng maemong a tlase

’Me o etsa hore baahloli* ba lefatše e be ntho e se nang thuso.

24 Hang ka mor’a hore ba lengoe,

Hang ka mor’a hore ba jaloe,

Hang ka mor’a hore kutu ea bona e mele ka metso fatše,

Baa butsoeloa ebe baa omella.

Moea o ba fefola joaloka litlhaka.+

25 Mohalaleli o re: “Le ka ntšoantša le mang? Ke mang ea lekanang le ’na?

26 Phahamisetsang mahlo leholimong ’me le bone.

Ke mang ea bopileng lintho tsee?+

Ke ea li etellang pele joaloka lebotho a bile a li bala kaofela,

E ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa ka lebitso.+

Ka lebaka la matla a hae a maholo le matla a hae a hlollang,+

Ha ho le e ’ngoe ea tsona e sieo.

27 Uena Jakobo, uena Iseraele, ke hobane’ng ha u re,

‘Tsela ea ka e patetsoe Jehova

’Me ha kea fumana toka ho tsoa ho Molimo’?+

28 Na ha u tsebe? Na ha oa utloa?

Jehova, ’Mopi oa tsohle tse lefatšeng, ke Molimo ka ho sa feleng.+

Ha ho mohla a khathalang kapa hona ho tepella.+

Kutloisiso ea hae e ke ke ea fihleloa.*+

29 O fana ka matla ho ea khathetseng,

Ba se nang matla* o ba tsosa molota.+

30 Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle,

Le bahlankana ba tla khoptjoa ba oe

31 Empa ba tšepileng Jehova ba tla fumana matla hape.

Ba tla fofela holimo ka mapheo a kang a ntsu.+

Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella,

Ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.”+

41 “ ’Mameleng le khutsitse,* lona lihlekehleke.

Lichaba li ke li boele li fumane matla.

Li ke li atamele, li bue.+

A re tleng hammoho bakeng sa kahlolo.

 2 Ke mang ea phahamisitseng motho ea tsoang bochabela?*+

Ke mang ea mo bitsetsang maotong a Hae* ka ho loka

Hore a mo fe lichaba

Le ho etsa hore a kokobetse marena?+

Ke mang ea a hasanyang joaloka lerole ka sabole ea hae

Le ea a hasanyang joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea ka seqha sa hae?

 3 Oa li lelekisa, o feta a sa thijoe

Litseleng tseo a e-s’o ka a li tsamaea.

 4 Ke mang ea entseng hore lintho tsee li etsahale?

Ke mang ea bitsang meloko ho tloha qalong?

’Na, Jehova, ke Oa Pele+

Le ho ba ho qetela ke ntse ke tšoana.”+

 5 Baahi ba lihlekehleke ba bone ’me ba tšohile.

Ba lulang lipheletsong tsa lefatše ba ile ba qala ho thothomela.

Baa ikopanya ’me baa atamela.

 6 E mong le e mong o thusa motsoalle oa hae

’Me o re ho ngoan’abo: “E-ba matla.”

 7 Kahoo, setsebi sa mosebetsi oa matsoho se matlafatsa ea sebetsang ka tšepe.+

Ea batalatsang tšepe ka hamore

O matlafatsa ea otlelang tšepe tšetlong.*

Ea batalatsang tšepe o re: “Tšepe e lokile.”

Ka mor’a moo, setšoantšo se kokoteloa ka lipekere hore se se ke sa ketoha.

 8 Empa Uena Iseraele, u mohlanka oa ka,+

Uena Jakobo, eo ke mo khethileng,+

Setloholo* sa Abrahama motsoalle oa ka,+

 9 Uena, eo ke mo nkileng lipheletsong tsa lefatše+

Le uena eo ke mo bitsitseng u le likarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lona.

Ke itse ho uena, ‘U mohlanka oa ka.+

Ke u khethile, ha kea u lahla.+

10 U se ke oa tšoha kaha ke na le uena.+

U se ke oa tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa hao.+

Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa.+

Ke tla u tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’

11 Bona! Bohle ba u halefelang ba tla soaba ’me ba tlotlolohe.+

Batho ba u loantšang ba tla timela ba fetoloe lefeela.+

12 U tla batla batho ba u loantšang empa u ke ke oa ba fumana.

Batho ba u futuhelang ba tla ba joaloka ntho e sieo, ba tla fetoha lefeela.+

13 ’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona,

Ke ’na ea reng ho uena, ‘U se ke oa tšoha. Ke tla u thusa.’+

14 “U se ke oa tšoha, uena seboko* Jakobo,+

Lona banna ba Iseraele, ke tla le thusa,” ke Jehova, Molopolli oa lona,+ Mohalaleli oa Iseraele ea chong.

15 “Ke u entse selei se polang,*+

Sepolo se secha se bohale.

U tla hatakela lithaba u li silakanye

’Me u etse hore maralla a be joaloka ’moko.

16 U tla li olosa

Ebe li fefoloa ke moea.

Sefefo se tla li hasanya.

U tla thaba ka lebaka la Jehova,+

U ithorise ka Mohalaleli oa Iseraele.”+

17 “Bafutsana le ba sotlehileng ba batla metsi empa ha a eo.

Maleme a bona a omeletse ke lenyora.+

’Na, Jehova, ke tla ba araba.+

’Na, Molimo oa Iseraele, nke ke ka ba lahla.+

18 Ke tla etsa hore linoka li phalle holim’a maralla a se nang letho,+

Ke etse liliba har’a liphula.+

Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlaka

Le naha e se nang metsi ke e etse liliba tsa metsi.+

19 Ke tla lema sefate sa kedare lehoatateng,

Sefate sa leoka, sa mirte le sa phaena.+

Ke tla lema sefate sa junipere lehoatateng

Hammoho le sefate sa molora* le sefate sa kiprese+

20 E le hore batho bohle ba ka bona le ho tseba,

Ba mamela ka hloko le ho utloisisa

Hore letsoho la Jehova le entse lintho tsena

’Me Mohalaleli oa Iseraele ke eena moetsi oa tsona.”+

21 Jehova o re: “Tekang nyeoe ea lona.”

Morena oa Jakobo o re: “Tekang bopaki ba lona.

22 Fanang ka bopaki ’me le re bolelle lintho tse tla etsahala.

Re bolelleng lintho tsa khale*

E le hore re ka nahanisisa ka tsona* ’me ra tseba hore na li tla fella ka eng.

Kapa re bolelleng lintho tse tlang.+

23 Re bolelleng hore na ho tla etsahala’ng ka moso

E le hore re ka tseba hore le melimo.+

Etsang ho hong ebang ho hotle kapa ho hobe

E le hore re ka hlolloa ha re ho bona.+

24 Ho hang ha le letho

Hape ntho eo le e fihletseng ha se letho.+

Mang kapa mang ea le khethang oa nyonyeha.+

25 Ke phahamisitse e mong ea tsoang leboea ’me o tla tla,+

Ea tlohang bochabela,*+ ea tla ipiletsa lebitsong la ka.

O tla hatakela babusi* joalokaha eka ke letsopa+

Joaloka sebopi se hatakelang letsopa le mongobo.

26 Ke mang ea buileng ka ntho ee ho tloha qalong e le hore re ka tseba?

Kapa ea e boletseng ho tloha khale e le hore re ka re, ‘O nepile’?+

Ha ho na motho ea e buileng.

Ha ho na motho ea e phatlalalitseng.

Ha ho na motho ea utloileng eng kapa eng ho lona.”+

27 Ke ne ke le oa pele oa ho re ho Sione: “Ke bana!”+

Jerusalema ke tla e romella ea tlisang litaba tse monate.+

28 Empa ka ’na ka sheba ’me ho ne ho se na motho.

Ho ne ho se le ea mong har’a bona ea ka fanang ka keletso.

Ka ’na ka ba kopa hore ba arabe.

29 Kaofela ha bona ha ba na thuso.*

Mesebetsi ea bona ha se letho.

Litšoantšo* tsa bona tsa tšepe ke lefeela. Li joaloka moea ebile ha li na thuso.+

42 Bonang mohlanka oa ka,+ eo ke mo tšehetsang.

Mokhethoa oa ka+ ea nthabisang.+

Ke mo file moea oa ka.+

O tla tlisetsa lichaba toka.+

 2 A ke ke a hoeletsa kapa a phahamisa lentsoe,

A ke ke a buela holimo seterateng.+

 3 A ke ke a roba lehlaka le tletleraneng,

A ke ke a tima khoele ea lebone le haufi le ho tima.+

O tla tšepahala a be a tlise toka.+

 4 A ke ke a nyahama kapa a khathala ho fihlela a tlisitse toka lefatšeng,+

Baahi ba lihlekehleke ba tla ’ne ba letele molao* oa hae.

 5 Ana ke mantsoe a Molimo oa ’nete, Jehova,

’Mopi oa maholimo. Ke eena E Moholo ea a otlolotseng,+

Ea alileng lefatše le ea bopileng lintho tsohle tse ho lona,+

Ea fang baahi ba lona moea o ba phelisang+

Le bophelo ho ba phelang ho lona:+

 6 “ ’Na, Jehova, ke u bitsitse ka ho loka.

Ke u tšoere ka letsoho.

Ke tla u sireletsa ’me ke fane ka uena hore u be selekane bakeng sa batho+

Hape u be leseli la lichaba,+

 7 Hore u tutubolle mahlo a foufetseng,+

U ntše motšoaruoa teronkong e ka tlas’a mohaho

Le hore ba lutseng lefifing u ba ntše ka teronkong.+

 8 Ke ’na Jehova. Leo ke lona lebitso la ka.

Nke ke ka fa e mong tlhompho ea ka*

Kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.+

 9 Bonang, lintho tsa khale li etsahetse,

Joale ke bolela lintho tse ncha.

Pele li hlaha, ke le bolella ka tsona.”+

10 Binelang Jehova pina e ncha,+

Mo roriseng ka pina ho tloha likhutlong tsohle tsa lefatše,+

Lona ba sesisang likepe leoatleng le libopuoa tsohle tse ho lona,

Lona lihlekehleke le lona ba ahileng ho tsona.+

11 Lefeella le metse ea lona li ke li phahamise mantsoe a tsona,+

Metsana eo Kedare+ e lulang ho eona.

Baahi ba libaka tse mafika ba ke ba hooe ka thabo.

Ba hoeletse haholo ba le ka holim’a lithaba.

12 Ba ke ba ise tlhompho ho Jehova,

Ba mo rorise lihlekehlekeng.+

13 Jehova o tla tsoa joaloka mohale oa ntoa.+

O tla tšoana le mohlabani ea ikemiselitseng ho ea ntoeng.+

O tla hooa, a hlabe mokhosi oa ntoa,

O tla bontša hore o matla ho feta lira tsa hae.+

14 “Esale ke khutsitse ka nako e telele.

Ke thotse, ke ithibile.

Empa ke tla bobola, ke hemesele ke be ke feheloe ka nako e le ’ngoe

Joaloka mosali ea pepang.

15 Ke tla ripitla lithaba le maralla.

Ke etse hore limela tsohle tsa tsona li ome.

Ke tla fetola linoka lihlekehleke.*

Ke pshese matamo a metsi a nang le lehlaka.+

16 Ke tla tataisetsa lifofu tseleng eo li sa e tsebeng.+

Ke tla etsa hore li tsamaee tseleng eo li sa e tloaelang.+

Ke tla fetola lefifi le ka pel’a tsona leseli,+

Ke fetole sebaka se matsaranka sebaka se motsitsa.+

Ke tsona lintho tseo ke tla li etsetsa lifofu ’me nke ke ka li tlohela.”

17 Ba tšepang litšoantšo tse betliloeng,

Ba reng ho liemahale tsa tšepe: “Le melimo ea rona”+

Ba tla khutlisoa ’me ba soabe haholo.

18 Mamelang, lona ba sa utloeng litsebeng,

Shebang ’me le bone, lona ba sa boneng.+

19 Ke mang ea foufetseng haese mohlanka oa ka,

Ea sa utloeng litsebeng joaloka moromuoa eo ke mo romang?

Ke mang ea foufetseng joaloka eo ke mo putsitseng,

Ea foufetseng joaloka mohlanka oa Jehova?+

20 U bona lintho tse ngata empa ha u li tsotelle.

U bula litsebe empa ha u mamele.+

21 Jehova o thabetse ho holisa molao* le ho o etsa hore o hlomphehe,

Molemong oa ho loka ha hae.

22 Empa batho bana ke ba tlatlapuoeng le ba nketsoeng thepa ka mahahapa,+

Kaofela ha bona ba tšoasitsoe ka mekoting, ba koaletsoe teronkong.+

Ba tlatlapuoe, ha ho ea ba lopollang,+

Ba nketsoe thepa ka mahahapa, ha ho ea reng: “Li khutliseng!”

23 Ke mang har’a lona ea tla utloa taba ee?

Ke mang ea tla ela hloko, a mamele ’me a ithute lintho tse tla etsahala nakong e tlang?

24 Ke mang ea nehetseng Jakobo hore e nkeloe thepa ka mahahapa

Le ea nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?

Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsoeng?

Ba hanne ho tsamaea litseleng tsa Hae

Le molao* oa Hae ba ne ba sa o mamele.+

25 Kahoo, A ’na a tšollela khalefo ea hae ho eena,*

Bohale ba hae le matla a ntoa.+

Ntoa ea timetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe pel’a hae empa ha aa ka a ela hloko.+

Mollo oa mo tukela empa ha ho letho leo a neng a le tebisetsa pelong.+

43 Ana ke mantsoe a Jehova,

’Mopi oa hao, uena Jakobo le Moetsi oa hao, uena Iseraele:+

“U se ke oa tšoha hobane ke u lopolotse.+

Ke u bitsitse ka lebitso.

U oa ka.

 2 Ha u tšela har’a metsi, ke tla ba le uena,+

Leha u tšela linoka, li ke ke tsa u hohola.+

Ha u tsamaea mollong, u ke ke oa tlaboha

Kapa hona hore lelakabe le u tlabole

 3 Hobane ke ’na Jehova Molimo oa hao,

Mohalaleli oa Iseraele, Mopholosi oa hao.

Ke fane ka Egepeta e le topollo bakeng sa hao

Le ka Ethiopia le Seba hore ke u fumane

 4 Hobane u bile motho oa bohlokoa mahlong a ka,+

U ile oa hlomphuoa ’me ke u ratile.+

Kahoo, ke tla fana ka batho bakeng sa hao,

Le lichaba hore ke lopolle bophelo ba hao.

 5 U se ke oa tšoha hobane ke na le uena.+

Ke tla tlisa bana* ba hao ho tsoa bochabela,

Ke tla le bokella ho tsoa bophirimela.+

 6 Ke tla re ho leboea, ‘Fana ka bona!’+

Le ho boroa, ‘U se ke oa hana ka bona.

Tlisa bara ba ka ho tsoa hole le barali ba ka ho tsoa likhutlong tsohle tsa lefatše,+

 7 Tlisa e mong le e mong ea bitsoang ka lebitso la ka+

Le eo ke mo bopileng bakeng sa thoriso ea ka,

Eo ke mo bopileng le eo ke mo entseng.’+

 8 Tlisang batho ba foufetseng le hoja ba e-na le mahlo

Le ba sa utloeng litsebeng le hoja ba e-na le litsebe.+

 9 Lichaba kaofela li ke li phuthehe sebakeng se le seng

’Me batho ba bokane.+

Ke mang har’a tsona* ea ka bolelang lintho tsee?

Kapa na li ka etsa hore re utloe lintho tsa pele?*+

Li ke li hlahise lipaki tsa tsona e le hore li ipake li nepile

Kapa li utloe ’me li re, ‘Ke ’nete!’”+

10 Jehova o re: “Le lipaki tsa ka.+

E, uena u mohlanka oa ka eo ke mo khethileng+

E le hore le tle le tsebe ’me le be le tumelo ho ’na*

Le hore le utloisise hore ke ’na ea tšoanang.+

Pele ho ’na ha ho na Molimo ea ileng a etsoa

Le ka mor’a ka ha ho e-s’o be le e mong.+

11 ’Na, ke ’na Jehova+ ’me ha ho na mopholosi ntle ho ’na.+

12 Ke ’na ea senotseng, ea pholositseng le ea phatlalalitseng

Ha ho ne ho se na molimo osele har’a lona.+

Kahoo, le lipaki tsa ka,” ke Jehova ea chong “ ’me ke ’na Molimo.+

13 Hape, kamehla ke ’na ea tšoanang,+

Ha ho na motho ea ka nkang letho letsohong la ka.+

Ha ke nka khato, ke mang ea ka nthibang?”+

14 Jehova, Molopolli oa lona,+ Mohalaleli oa Iseraele+ o re:

“Ke tla romela lebotho Babilona, ke lihe mekoallo eohle ea likeiti molemong oa lona,+

Bakalde ba tla bokolla ke mahlomola+ ba le likepeng tsa bona.

15 Ke ’na Jehova Mohalaleli oa lona,+ ’Mopi oa Iseraele,+ Morena oa lona.”+

16 Ana ke mantsoe a Jehova,

Ea etsang tsela har’a leoatle

Le tsela har’a metsi a loebehlanang,+

17 Ea tlisang kariki ea ntoa le pere,+

Lebotho hammoho le masole a matla:

“Ba tla robala ’me ba ke ke ba tsoha.+

Ba tla felisoa, ba tingoe joaloka lebone la khoele.

18 Le se ke la hopola lintho tsa khale

’Me le se ke la nahana ka lintho tse fetileng.

19 Ke etsa ntho e ncha.+

Le hona joale ea hlaha.

Na ha le e bone?

Ke tla etsa tsela lefeelleng,+

Ke etse linoka lehoatateng.+

20 Sebata sa naha se tla ntlhompha,

Liphokojoe le limpshe

Hobane ke fana ka metsi lefeelleng

Hape ke fana ka linoka lehoatateng+

E le hore sechaba sa ka, mokhethoa oa ka+ a noe.

21 Sena ke sechaba seo ke iketselitseng sona

E le hore se ka phatlalatsa thoriso ea ka.+

22 Empa ha oa mpitsa, uena Jakobo+

Hobane u ile oa khathala ke ’na, uena Iseraele.+

23 Ha oa ntlisetsa linku tseo u tl’o nketsetsa linyehelo tse feletseng tsa secheso ka tsona

Kapa hona ho ntlotlisa ka mahlabelo a hao.

Ha kea u qobella hore u ntlisetse mpho

Kapa ka u khathatsa ka ho u batla libano tse tšoeu.+

24 Ha oa nthekela lehlaka le nkhang hamonate ka chelete ea hao

Ebile ha oa nkhotsofatsa ka mafura a mahlabelo a hao.+

Ho e-na le hoo, u nkimelitse ka libe tsa hao,

Oa nkhathatsa ka liphoso tsa hao.+

25 ’Na, ke ’na ea lebalang liphoso tsa hao*+ molemong oa ka.+

Nke ke ka hopola libe tsa hao.+

26 Nkhopotse, a re qosane.

Bolela lehlakore la hao e le hore u pake hore u nepile.

27 Ntate oa hao oa pele* o entse sebe,

Babuelli* ba hao ba mphetohetse.+

28 Kahoo, ke tla silafatsa likhosana tsa tempele,

Ke tla felisa Jakobo

Le Iseraele ke e nehelle mahlapa.+

44 Joale mamela, uena Jakobo mohlanka oa ka,

Uena Iseraele, eo ke mo khethileng.+

 2 Ana ke mantsoe a Jehova,

Moetsi oa hao le ’Mopi oa hao,+

Ea ileng a u thusa ho tloha ha u hlaha:*

‘U se ke oa tšoha, mohlanka oa ka Jakobo+

Uena, Jeshurune,*+ eo ke mo khethileng.

 3 Ke tla hasa ea nyoriloeng* ka metsi,+

Ke etse hore melapo e phalle mobung o omeletseng.

Ke tla theolela moea oa ka holim’a bana* ba hao+

Le tlhohonolofatso ea ka holim’a litloholo tsa hao.

 4 Ba tla hlaha joaloka joang bo botala+

Le joaloka lipopoliri pel’a melatsoana ea metsi.

 5 E mong o tla re: “ ’Na ke oa Jehova.”+

Ha e mong eena a tla ipitsa ka lebitso la Jakobo,

E mong a ingole letsohong: “Ke oa Jehova.”

O tla ipitsa ka lebitso la Iseraele.’

 6 Ana ke mantsoe a Jehova,

Morena oa Iseraele+ le Molopolli+ oa eona, Jehova oa mabotho:

‘Ke ’na oa pele le oa ho qetela.+

Ha ho na Molimo ntle ho ’na.+

 7 Ke mang ea kang ’na?+

A ke a bue ka sebete, a cho ’me a mphe bopaki.+

Na ho na le motho ho tloha nakong eo ke neng ke theha sechaba sa khale,

Ea ka bolelang lintho tse tlang

Le tseo e leng hona li tla etsahala?

 8 Le se ke la tšoha,

Le se ke la bolaoa ke letsoalo.+

Na ha kea le bolella kaofela ha lona le ho le tsebisa lintho tsohle esale pele?

Le lipaki tsa ka.+

Na ho na le Molimo e mong haese ’na?

Che, ha ho na Lefika le leng,+ ha ke tsebe le leng.’”

 9 Bohle ba etsang litšoantšo tse betliloeng ha ba na thuso,

Litšoantšo tsa bona tseo ba li ratang li ke ke tsa ba thusa ka letho.+

Le hoja litšoantšo tsena e le lipaki tsa bona, ha li bone letho ebile ha li tsebe letho.+

Kahoo, ba li entseng ba tla soaba.+

10 Ke mang ea hlokang kelello hoo a ka etsang molimo kapa a etsa setšoantšo* sa tšepe

Se ke keng sa mo thusa ka letho?+

11 Bo-mphato ba hae ba tla hlajoa ke lihlong,+

Litsebi tsa mesebetsi ea matsoho ke batho feela.

Ba ke ba phuthehe kaofela ’me ba eme.

Kaofela ba tla tšoha ba be ba soabe.

12 Ea sebetsang ka tšepe o e besa mashaleng.

Ka letsoho la hae le matla+

O e khoba ka hamore ’me oa e lokisa.

O se a lapa, a felloa ke matla.

Ha a noe metsi kahoo oa khathala.

13 ’Metli oa lepolanka o otlolla khoele e methang ebe o tšoaea moralo ka choko e khubelu.

O betla lepolanka ka chesele ’me o tšoaea moralo ka thulusi e toroeang

O etsa moralo oa setšoantšo sa motho+

Hore se be setle joaloka motho

E le hore se lule ka tlung.*+

14 Ho na le eo mosebetsi oa hae e leng ho rema likedare.

O khetha mofuta o itseng oa sefate, sefate sa ouku,*

O se tlohela hore se be seholo har’a lifate tsa moru.+

O lema sefate sa lorele ’me pula e etsa hore se hole.

15 Ka mor’a moo, se fetoha patsi eo motho a ka besang mollo ka eona.

E ’ngoe o iphuthumatsa ka eona.

O besa mollo ebe o pheha bohobe.

Empa o boetse o etsa molimo ’me oa mo inamela.

O etsa setšoantšo se betliloeng ka eona ’me oa se khumamela.+

16 Halofo ea sona o e chesa mollong.

Ka halofo eo o besa nama eo a e jang ebe oa khora.

Hape oa iphuthumatsa ’me o re:

“Eke! Ke futhumetse ha ke ntse ke shebile malakabe.”

17 Empa se setseng o se etsa molimo, o se etsa setšoantšo sa hae se betliloeng.

Oa se khumamela le ho se rapela.

Oa se rapela o re:

“Ntopolle hobane u molimo oa ka.”+

18 Ha ba tsebe letho, ha ba utloisise letho.+

Kaha mahlo a bona a koetsoe, ha ba bone

Le lipelo tsa bona ha li na temoho.

19 Ha ho na ea nang le tsebo kapa kutloisiso

Kapa ea reng ka pelong:

“Ke besitse halofo ea sona mollong,

Ka mashala a sona ka pheha bohobe, ka besa nama ka ja.

Na joale ka se setseng ke tla etsa ntho e nyonyehang?+

Ke khumamele sekotoana sa patsi e ommeng?”

20 O ja molora.

Pelo ea hae e thetsitsoeng e mo khelositse.

A ke ke a pholosa bophelo ba hae kapa a re:

“Ho na le leshano ka letsohong la ka le letona.”

21 “Hopola lintho tsena, uena Jakobo, uena Iseraele

Hobane u mohlanka oa ka.

Ke u entse ’me u mohlanka oa ka.+

Uena Iseraele, nke ke ka u lebala.+

22 Ke tla koahela* liphoso tsa hao joalokaha eka li koahetsoe ka leru+

Le libe tsa hao joalokaha eka li koahetsoe ka leru le leholo.

Khutlela ho ’na hobane ke tla u lopolla.+

23 Hoeletsang le thabile, lona maholimo

Hobane Jehova o nkile khato.

Hoeletsang le thabile, lona likarolo tse tlase-tlase tsa lefatše.

Hoeletsang le nyakaletse, lona lithaba,+

Uena moru le lifate tsohle tsa hao.

Jehova o lopolotse Jakobo,

O bontša Iseraele botle ba hae.”+

24 Ana ke mantsoe a Jehova, Molopolli oa hao+

Ea u entseng ho tloha ha u sa le ka popelong:

“Ke ’na Jehova, ke entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe,

Ke otlolotse maholimo ke le mong,+

Ka ala lefatše.+

Ke mang ea neng a e-na le ’na?

25 Ke etsa hore lipontšo tsa ba buang lintho tse sieo* li se ke tsa atleha.

Ke ’na ea etsang hore linohe li itšoare joaloka mahlanya,+

Ea ferekanyang banna ba bohlale

Le ea fetolang tsebo ea bona booatla.+

26 Ke ’na ea etsang hore lentsoe la mohlanka oa ka le phethahale

Le ea phethang boprofeta ba baromuoa ba ka ka botlalo.+

Ke ’na ea reng ka Jerusalema, ‘E tla ba le baahi’+

Le ka metse ea Juda, ‘E tla tsosolosoa+

’Me ke tla tsosa lithako tsa eona.’+

27 Ke ’na ea reng ho boliba, ‘Psha!

Ke tla pshesa linoka tsohle tsa hao.’+

28 Ke ’na ea reng ka Saeruse,+ ‘Ke molisa oa ka,

O tla phetha thato ea ka ka botlalo.’+

Ke ’na ea reng ka Jerusalema, ‘E tla tsosolosoa’

Le ka tempele, ‘Motheo oa hao o tla raloa.’”+

45 Ana ke mantsoe ao ’na Jehova ke a boleletseng motlotsuoa oa ka, Saeruse,+

Eo ke tšoereng letsoho la hae le letona+

Hore ke hlole lichaba ka pel’a hae+

Le hore ke amohe marena matla,*

Ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeli

E le hore likeiti li se ke tsa koaloa:

 2 “Ke tla tsamaea ka pel’a hao,+

Ke tla batalatsa maralla.

Ke tla roba mamati a koporo likoto,

Ke pome le mekoallo ea tšepe.+

 3 Ke tla u fa matlotlo a har’a lefifi

Le matlotlo a patiloeng khocheletsaneng+

E le hore u ka tseba hore ke ’na Jehova,

Molimo oa Iseraele, ea u bitsang ka lebitso.+

 4 Molemong oa mohlanka oa ka Jakobo le oa Iseraele mokhethoa oa ka,

Ke u bitsa ka lebitso.

Ke u fa lebitso le hlomphehang le hoja u ne u sa ntsebe.

 5 Ke ’na Jehova, ha ho e mong.

Ha ho Molimo ntle ho ’na.+

Ke tla u fa matla* le hoja u ne u sa ntsebe,

 6 E le hore batho ba ka tseba

Ho tloha bochabela ho ea bophirimela*

Hore ha ho e mong ntle ho ’na.+

Ke ’na Jehova ’me ha ho e mong.+

 7 Ke tlisa leseli+ le lefifi,+

Ke bopa khotso+ ’me ke baka tlokotsi.+

’Na, Jehova, ke etsa lintho tsena tsohle.

 8 Lona maholimo, etsang hore ho loka ho theohe joaloka pula+

Le maru a ke a nese ho loka.

Lefatše le ke le bulehe le hlahise litholoana tsa poloko,

Le hlahise le ho loka ka nako e tšoanang.+

’Na, Jehova, ke entse lintho tsena.”

 9 Ho malimabe ea phehisang ’Mopi oa hae* khang

Hobane ke leqhetsoana feela

Har’a maqhetsoana a mang a lijana tsa letsopa a lahletsoeng fatše.

Na letsopa le ka re ho Sebopi:* “U etsa’ng?”+

Kapa na mosebetsi oa hao o ka re: “Ha a na matsoho”?*

10 Ho malimabe ea reng ho ntate: “U ntate oa eng?”

Le ho ’mè: “U beleha eng?”*

11 Jehova, Moetsi le Mohalaleli oa Iseraele,+ o re:

“Na le ka mphehisa khang ka lintho tseo e leng hona li tla etsahala

Le ho ntaela hore na ke etse’ng ka bana ba ka+ le mesebetsi ea matsoho a ka?

12 Ke entse lefatše+ ka ba ka bopa motho.+

Ke otlolotse maholimo ka matsoho a ka+

’Me ke laela makhotla ’ohle a ’ona.”+

13 “Ke susumelitse motho ho nka khato ka ho loka,+

Ke tla otlolla litsela tsohle tsa hae.

Ke eena ea tla haha motse oa ka+

Le ho lokolla batho ba ka botlamuoeng+ ntle ho tefo kapa tjotjo,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.

14 Jehova o re:

“Phaello* ea Egepeta le thepa e rekisoang* ea Ethiopia, le Basabea, banna ba balelele,

Ba tla tla ho uena ’me e tla ba ba hao.

Ba tla tsamaea ka mor’a hao ba tlanngoe ka liketane.

Ba tla tla, ba u inamele.+

Ba tla u rapela ba re, ‘Kannete Molimo o na le uena+

’Me ha ho e mong, ha ho Molimo e mong.’”

15 Kannete u Molimo ea patang litsela tsa hae,

Molimo oa Iseraele, Mopholosi.+

16 Kaofela ha bona ba tla soabisoa ’me ba tlotlolloe.

Baetsi ba litšoantšo tse rapeloang ba tla tloha ba soabile kaofela.+

17 Empa Jehova o tla pholosa Iseraele ka ho sa feleng.+

Le ke ke la soabisoa kapa la tlotlolloa ho ea ho ile.+

18 Ana ke mantsoe a Jehova,

’Mopi oa maholimo,+ Molimo oa ’nete,

Ea entseng lefatše, Moetsi oa lona ea le tiisitseng ka thata,+

Ea sa kang a le bopela lefeela* empa a le etselitse hore batho ba lule ho lona:+

“Ke ’na Jehova ’me ha ho e mong.

19 Ha kea bua ke le sebakeng se patehileng,+ sebakeng se lefifi.

Ha kea re ho litloholo* tsa Jakobo,

‘Leha le ka mpatla, le tla be le mpatlela lefeela.’

Ke ’na Jehova, ea buang lintho tse nepahetseng* le ea phatlalatsang ’nete.+

20 Bokanang ’me le tle.

Atamelang ’moho, lona baphonyohi ba tsoang lichabeng.+

Ba tsamaeang ba nkile litšoantšo tse betliloeng ha ba tsebe letho,

Ba rapela molimo ea ke keng a ba pholosa.+

21 Ba ke ba* etse tlaleho ea bona, ba teke nyeoe ea bona,

Ba rerisane hammoho ba entse ngatana-’ngoe.

Ke mang ea ileng a profeta lintho tsee ho tloha khale,

A li phatlalatsa ho tloha linakong tse fetileng?

Na ha se ’na, Jehova?

Ha ho Molimo e mong haese ’na.

Ke Molimo ea lokileng le Mopholosi,+ ha ho e mong ntle le ’na.+

22 Sokolohelang ho ’na ’me le pholosoe,+ lona likhutlo tsohle tsa lefatše

Hobane ke ’na Molimo ’me ha ho e mong.+

23 Ke hlapantse ka ’na,

Lentsoe le tsoile molomong oa ka ka ho loka

’Me le tla fela le phethahale:+

Motho e mong le e mong o tla nkhumamela,

Motho e mong le e mong o tla ikana hore o tla ntšepahalla+

24 A re, ‘Ruri Jehova o lula a etsa lintho tse lokileng ’me o matla.

Bohle ba mo halefelang ba tla tla ka pel’a hae ba soabile.

25 Ka Jehova, litloholo* tsohle tsa Iseraele li tla fumanoa li lokile,+

Li tla ithorisa ka Eena.’”

46 Bele* oa khumama,+ Nebo* oa kotlobana.

Litšoantšo tsa tsona tse rapeloang li bofiloe holim’a liphoofolo, holim’a liphoofolo tse bofshoang+

Joaloka thoto e imelang liphoofolo tse khathetseng.

 2 Lia kotlobana ’me li inama ’moho.

Ha li khone ho pholosa thoto*

’Me tsona ka botsona lia hapuoa.

 3 “ ’Mamele, uena ntlo ea Jakobo le lona bohle ba setseng ba ntlo ea Iseraele,+

Lona bao ke ba hlokometseng ho tloha ha le hlaha le bao ke ba ntšitseng ka popelong.+

 4 Ke tla lula ke tšoana ho fihlela le tsofala.+

Ke tla ’ne ke le jare ho fihlela moriri oa lona o e-ba moputsoa.

Ke tla le nka, ke le jare ’me ke le pholose feela joalokaha ke ile ka etsa.+

 5 Le tla ntšoantša le mang kapa le ntekanye le mang kapa le mpapise le mang+

Joalokaha eka rea tšoana?+

 6 Ho na le batho ba ntšang khauta e ngata lipacheng tsa bona.

Ba bekha silevera sekaleng.

Ba hira motho ea sebetsang ka tšepe ebe o etsa molimo ka silevera eo.+

Ba itihela fatše ka lifahleho, baa o rapela.*+

 7 Ba phahamisetsa molimo eo mahetleng a bona,+

Baa o jara, ba o behe sebakeng sa oona ebe o ikemela moo feela.

Ha o tlohe sebakeng sa oona.+

Baa o hoeletsa empa ha o arabe.

Ha o khone ho pholosa mang kapa mang tsietsing.+

 8 Hopolang lintho tsena ’me le be sebete.

Li tebisetseng pelong, lona bafosi.

 9 Hopolang lintho tse fetileng* tsa mehleng ea khale

Hore ke ’na Molimo* ’me ha ho na Molimo e mong.

Ke ’na Molimo ’me ha ho ea tšoanang le ’na.+

10 Ke profeta qetello esale qalong

’Me ho tloha khale ke bolela lintho tse e-s’o etsoe.+

Ke re, ‘Qeto* ea ka e tla phethahala ntle ho tšitiso.+

Ke tla etsa eng kapa eng eo ke e batlang.’+

11 Ke bitsa nonyana e jang nama ho tsoa bochabela,*+

Ke bitsa motho ho tsoa naheng e hole hore a phethe qeto* ea ka.+

Ke e boletse ’me ke tla e phethahatsa.

Ke e entse ’me ke tla e phetha.+

12 ’Mameleng, lona ba lipelo li thata,*

Lona ba hole le ho loka.

13 Ke atamelitse ho loka ha ka.

Ha ho hole

’Me poloko ea ka e ke ke ea lieha.+

Ke tla pholosa Sione, ke fe Iseraele botle ba ka.”+

47 Theoha ’me u lule leroleng,

Uena morali oa Babilona oa moroetsana.+

Lula fatše moo ho se nang terone,+

Uena morali oa Bakalde.

Ha ho sa tla ba le mohla batho ba reng u khosatsana.

 2 Nka leloala la letsoho ’me u sile phofo.

Tlosa lesira la hao.

Hlobola mose oa hao ’me u hlahise litlhafu.

Tšela linoka.

 3 Bofeela ba hao bo tla pepesoa.

Lihlong tsa hao li tla bonoa.

Ke tla iphetetsa+ ’me ha ho motho ea tla ntšitisa.*

 4 “Lebitso la ea re lopollang

Ke Jehova oa mabotho,

Mohalaleli oa Iseraele.”+

 5 Lula moo ka khutso ’me u ee lefifing,

Uena morali oa Bakalde.+

Ha ba sa tla hlola ba u bitsa Mofumahali oa Mebuso.*+

 6 Ke ile ka halefela batho ba ka,+

Ka silafatsa lefa la ka+

Eaba ke fana ka bona letsohong la hao.+

Empa ha oa ka oa ba hauhela.+

U behile joko e boima esita le holim’a monna-moholo.+

 7 U itse: “Ke tla lula ke le Mofumahali ho ea ho ile.”+

Ha oa ka oa tebisetsa lintho tsena pelong.

Ha oa ka oa nahana ka hore na taba ena e tla qetella joang.

 8 Joale mamela, uena ea ratang monyaka,+

Ea lulang a sireletsehile, ea reng ka pelong:

“Ntle ho ’na, ha ho e mong.+

Nke ke ka ba mohlolohali,

Nke ke ka tseba ho lahleheloa ke bana.”+

 9 Empa lintho tsena tse peli li tla u tlela ka tšohanyetso, ka letsatsi le le leng:+

Bohlolohali le ho lahleheloa ke bana.

Li tla u tlela ka matla a maholo+

Ka lebaka la* boloi ba hao bo bongata le ho betsa ka mantsoe a boloi a matla.+

10 U ile oa tšepa bokhopo ba hao.

U itse: “Ha ho na ea mponang.”

Bohlale le tsebo ea hao ke tsona tse u khelositseng

’Me u re ka pelong: “Ntle ho ’na, ha ho e mong.”

11 Empa u tla oeloa ke tlokotsi.

U ke ke oa khona ho e thiba ka boloi.

U tla oeloa ke tsietsi, u ke ke oa khona ho e qoba.

Ka tšohanyetso timelo eo u sa e tsebeng e tla u oela holimo.+

12 Kahoo, tsoela pele ka mantsoe a hao a boloi le boloi ba hao bo bongata,+

Boo esale u sehla ka thata ho bona ho tloha bocheng ba hao.

Mohlomong bo ka u tlisetsa katleho,

Mohlomong u ka tšosa batho.

13 U khathalitsoe ke ho batla baeletsi ba bangata.

Ba rapelang maholimo,* ba shebang linaleli,+

Ba lepang khoeli le khoeli

Ka lintho tse tla u tlela,

Ba ke ba tle ’me ba u pholose.

14 Bonang! Ba joaloka litlhaka.

Mollo o tla ba chesa.

Ba ke ke ba pholosa bophelo ba bona matleng a lelakabe.

Ona ha se mollo o ka oroang

’Me ana ha se mashala a ho iphuthumatsa.

15 Batho ba hao ba tšerehanyang linoha ba tla ba joalo ho uena,

Bao u sehlileng le bona ho tloha bocheng ba hao.

Ba tla hlahlathela, e mong le e mong a inkele tsela ea hae.*

Ho ke ke ha e-ba le ea tla u pholosa.+

48 Utloang, lona ba ntlo ea Jakobo,

Lona ba ipitsang ka lebitso la Iseraele+

Le ba tsoang lelokong* la Juda,

Lona ba hlapanyang ka lebitso la Jehova+

Le ba ipiletsang ho Molimo oa Iseraele

Le hoja e se ka ’nete le ho loka.+

 2 Ba ipitsa ka motse o halalelang,+

Ba batla thuso ho Molimo oa Iseraele,+

Eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho.

 3 “Lintho tse fetileng* ke u boleletse tsona ho tloha khale.

Li tsoile molomong oa ka,

Ke entse hore li tsejoe.+

Ka nka bohato ka ho panya ha leihlo ’me tsa etsahala.+

 4 Ke tsebile kamoo u leng manganga kateng,

Le hore mosifa oa molala oa hao ekare tšepe ’me phatla ea hao ekare koporo.+

 5 Kahoo, ke u boleletse lintho tsohle esale khale.

Pele li etsahala, ka u bolella tsona

E le hore u se ke oa re, ‘Setšoantšo sa ka se entse tjena,

Setšoantšo sa ka se betliloeng le setšoantšo* sa ka sa tšepe se laetse tjena.’

 6 U* utloile ebile u bone lintho tsena kaofela.

Na u ke ke oa li bolela?+

Ho tloha hona joale ke u bolella lintho tse ncha,+

Makunutu a patiloeng, ao u sa a tsebeng.

 7 Ke hona li etsahalang hona joale eseng khale,

Lintho tseo ho fihlela kajeno u e-s’o li utloe

E le hore u se ke oa re, ‘Ke se ke ntse ke li tseba.’

 8 Che, u ne u sa batle ho utloa,+ u sa batle ho utloisisa.

Hape nakong e fetileng u ne u ithibile litsebe.

Ke tseba kamoo u leng molotsana kateng+

’Me u bitsitsoe mofosi ho tloha ha u hlaha.+

 9 Empa molemong oa lebitso la ka, ke tla kokobetsa bohale ba ka,+

Ka lebaka la thoriso ea ka ke tla ithiba,

Nke ke ka u felisa.+

10 Ke u* hloekisitse empa eseng joaloka silevera.+

Ke lumelletse hore u hlorisoe e le hore u ka hloekisoa joalokaha tšepe e hloekisoa mollong.*+

11 Ka lebaka la ka, ka lebaka la ka feela ke tla nka bohato+

Hobane nka tlohela joang hore ke senngoe lebitso?+

Nke ke ka fa e mong khanya ea ka.*

12 ’Mamele, uena Jakobo le uena Iseraele eo ke mo bitsitseng.

Ke ’na Ea tšoanang.+ Ke ’na oa pele le oa ho qetela.+

13 Letsoho la ka le ralile motheo oa lefatše,+

Letsoho la ka le letona le atolositse maholimo.+

Ha ke li bitsa, li ema ’moho.

14 Phuthehang kaofela ha lona ’me le mamele.

Ke ofe har’a melimo* ea boletseng lintho tsee?

Ea ratoang ke ’na Jehova,+

O tla etsa seo ke se thabelang ha a loantša Babilona+

’Me o tla otla Bakalde ka letsoho la hae.+

15 Ke buile hape ke mo bitsitse.+

Ke mo tlisitse ’me tsela ea hae e tla atleha.+

16 Atamelang ho ’na ’me le mamele:

Ho tloha qalong, ha kea ka ka buela lekunutung.+

Ho tloha ha e etsahala ke ne ke le teng.”

Joale Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o nthomile, a ba a mpha* moea oa hae.

17 Jehova, Molopolli oa hao, Mohalaleli oa Iseraele o re:+

“ ’Na Jehova ke Molimo oa hao

Ea u rutang lintho tse tsoelang uena molemo,+

Ea u tataisetsang tseleng eo u lokelang ho tsamaea ho eona.+

18 Hoja u ka mamela melao ea ka,+

Khotso ea hao e ne e tla tšoana le noka,+

Ho loka ha hao ho tšoane le maqhubu a leoatle.+

19 Bana* ba hao ba ne ba tla ba bangata joaloka lehlabathe

Le litloholo tsa hao li tšoane le lithollo tsa lona.+

Lebitso la bona le ne le ke ke la tlosoa kapa la felisoa ka pel’a ka.”

20 Tsoang Babilona!+

Le balehe naheng ea Bakalde.*

Bolelang ka mohoo oa thabo, e phatlalatseng.+

Etsang hore e tsejoe likhutlong tsohle tsa lefatše.+

E-reng: “Jehova o lopolotse mohlanka oa hae Jakobo.+

21 Ha baa ka ba nyoroa ha a ne a ba tataisa lehoatateng.+

O ile a etsa hore metsi a phalle lefikeng,

A petsola lefika ho etsa hore metsi a phorosele.”+

22 Jehova o re: “Ba khopo ba ke ke ba fumana khotso.”+

49 ’Mameleng, lona lihlekehleke,

Utloang, lona lichaba tse hole.+

Jehova o mpitsitse le pele ke hlaha.*+

Ho tloha ke sa le ka popelong ea ’Mè, o bitsitse lebitso la ka.

 2 O entse hore molomo oa ka o be joaloka sabole e bohale.

O mpatile moriting oa letsoho la hae.+

O entse hore ke be lerumo le leolitsoeng,

A mpata ka mokotleng oa hae o tšelang metsu.

 3 A re ho ’na: “U mohlanka oa ka, uena Iseraele,+

Eo ke tla bonahatsa botle ba ka ka eena.”+

 4 Empa ka re: “Ke sehletse lefeela.

Ke sentse matla a ka bakeng sa ntho e sieo.

Empa kannete Jehova ke eena ea nkahlolang*

Le moputso oa ka o ho Molimo oa ka.”+

 5 Joale Jehova ea nkentseng ho tloha ka popelong ke le mohlanka oa hae,

O itse ke khutlisetse Jakobo ho eena

E le hore Iseraele e bokelleloe ho eena.+

Ke tla tlotlisoa mahlong a Jehova

’Me Molimo oa ka e tla be e le matla a ka.

 6 Eaba o re: “Ha hoa lekana hore ebe u mohlanka oa ka

Bakeng sa ho hlahisa maloko a Jakobo

Le ho khutlisa ba sirelelitsoeng ba Iseraele feela.

Ke boetse ke fane ka uena u le leseli la lichaba+

E le hore poloko ea ka e ka fihla likhutlong tsa lefatše.”+

7 Jehova, Molopolli oa Iseraele, Mohalaleli oa eona,+ o re ho ea rohakiloeng,+ ho ea hloiloeng ke sechaba, ho mohlanka oa babusi:

“Marena a tla bona ’me a raohe

Le likhosana li tla inama

Ka lebaka la Jehova, ea tšepahalang,+

Mohalaleli oa Iseraele, ea u khethileng.”+

 8 Jehova o re:

“Ke ile ka u araba+ ka nako ea mosa* oa ka

’Me ka u thusa ka letsatsi la poloko.+

Ke ’nile ka u sireletsa e le hore ke fane ka uena u le selekane bakeng sa batho+

Hore u etse hore naha e boele e be le baahi,

Ho etsa hore ba je mafa a bona a lahliloeng kherehloa.+

 9 Ho tla thoe ho batšoaruoa: ‘Tsoang!’+

Le ho ba lefifing:+ ‘Itlhahiseng!’

Ba tla jella pel’a litsela,

Makhulo a bona a be pel’a litsela tsohle.*

10 Ba ke ke ba lapa kapa ba nyoroa,+

Ba otloa ke mocheso o bataolang kapa letsatsi.+

Molimo ea ba hauhelang o tla ba etella pele,+

O tla ba isa lilibeng tsa metsi.+

11 Ke tla etsa hore lithaba tsohle tsa ka e be tsela

Le litsela tsa ka tse kholo li tla phahamisoa.+

12 Batho bana ba tla ba tsoa hole,+

Bana ba tsoa leboea le bophirimela

’Me bana bona ba tsoa naheng ea Sinime.”+

13 Hoeletsang le thabile, lona maholimo ’me u thabe, uena lefatše.+

Lithaba li ke li nyakalle, li hoeletse li thabile.+

Jehova o tšelisitse batho ba hae,+

O hauhela batho ba hae ba mahlomoleng.+

14 Empa Sione o ile a ’na a re:

“Jehova o ntahlile.+ Jehova o ntebetse.”+

15 Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang

Kapa a hloleha ho hauhela mora oa hae eo a mo tsoetseng?*

Esita le haeba basali bana ba ka lebala, ’na nke ke ka u lebala.+

16 Ke u ngotse liatleng tsa ka.

Marako a hao a ka pel’a ka kamehla.

17 Bana ba hao ba khutla ba potlakile.

Ba ileng ba u qhaqha le ho u ripitla ba tla tloha ho uena.

18 Phahamisa mahlo ’me u shebe hohle.

Kaofela ha bona baa bokana.+

Ba tla ho uena.

Jehova o re: “Hafeela ke ntse ke phela,

U tla ikapesa bona kaofela joalokaha eka ke mekhabiso,

Joalokaha monyaluoa a roala sefaha.

19 Le hoja libaka tsa hao li ne li ripitliloe le naha ea hao e le lithako,+

Hona joale e tla ba nyenyane haholo bakeng sa ba lulang moo.+

Ba ileng ba u ripitla*+ ba tla ba hole.+

20 Bana ba hlahileng ka mor’a hore u shoeloe ke bana ba tla re moo u ntseng u utloa:

‘Sebaka sena se senyenyane haholo bakeng sa rona.

Re fe sebaka e le hore re lule mona.’+

21 U tla re ka pelong:

‘Ntate oa bana baa ba ka ke mang

Kaha ke mosali ea shoetsoeng ke bana ebile ke nyopa,

Ke hapuoe ebile ke motšoaruoa?

Ke mang ea holisitseng bana baa?+

Ke ne ke setse ke le mong to!+

Joale bana baa ba tsoa kae?’”+

22 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“Ke tla phahamisetsa lichaba letsoho la ka

’Me ke tla phahamisetsa batho letšoao* la ka.+

Ba tla tlisa bara ba hao ba ba sikile,*

Ba jare barali ba hao mahetleng a bona.+

23 Marena e tla ba bahlokomeli ba hao+

Le likhosatsana tsa ’ona e be baoki ba hao.

Ba tla u inamela lifahleho li shebile fatše,+

Ba tla ikokobeletsa uena*+

’Me joang kapa joang u tla tseba hore ke ’na Jehova.

Ba ntšepang ba ke ke ba soaba.”+

24 Na monna ea matla a ka amohuoa ba seng ba hapiloe

Kapa na batšoaruoa ba mohatelli ba ka pholosoa?

25 Jehova o itse:

“Esita le batšoaruoa ba monna ea matla ba tla nkoa,+

Ba nkiloeng ke mohatelli ba tla pholosoa.+

Ke tla loantša ba le loantšang,+

Ke pholose bana ba lona.

26 Ke tla etsa hore ba le tšoarang hampe ba je nama ea bona,

Ba tahoe ke mali a bona joalokaha eka ba tahiloe ke veine e monate.

Joang kapa joang batho bohle* ba tla tseba hore ke ’na Jehova,+

Mopholosi oa hao+ le Molopolli oa hao,+

Ea Matla oa Jakobo.”+

50 Jehova o re:

“Le kae lengolo la tlhalo+ la ’me oa lona, eo ke mo tebetseng?

Bana, na ke le rekisitse hobane ke e-na le sekoloto?

Le rekisitsoe ka lebaka la liphoso tsa lona.+

’Mè oa lona o tebetsoe ka lebaka la libe tsa lona.+

 2 Ke hobane’ng ha ho ne ho se na motho ha ke fihla?

Ke hobane’ng ha ho ne ho se na motho ea arabang ha ke hoeletsa?+

Na letsoho la ka ha le na matla a ho lopolla

Kapa na ha ke na matla a ho pholosa?+

Ke pshesa leoatle ka khalemelo ea ka e matla.+

Ke etsa hore linoka e be lehoatata.+

Litlhapi tsa tsona lia bola hobane metsi aa fokola

’Me li bolaoa ke lenyora.

 3 Ke apesa maholimo lefifi,+

Ke a koahela ka lesela le hoashang.”*

 4 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o rupetse leleme la ka*+

E le hore ke tsebe ho araba* ea khathetseng ka mantsoe a nepahetseng.*+

O ntsosa hoseng ho hong le ho hong,

O tsosa tsebe ea ka hore e mamele joaloka ba rutehileng.+

 5 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o butse tsebe ea ka,

Ha kea mo hanyetsa.+

Ha kea ka ka sheba lehlakoreng lesele.+

 6 Ke ile ka fana ka mokokotlo oa ka ho ba nkotlang,

Ka fana ka marama a ka ho ba ntlhothang litelu.

Ha kea ka ka pata sefahleho sa ka ha ke tlotlolloa le ha ke tšoeloa ka mathe.+

 7 Empa Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla nthusa.+

Ke ka lebaka leo nke keng ka tlotloloha.

Ke ka lebaka leo ke ikemiselitseng ho tiea.*+

Kea tseba hore nke ke ka soaba.

 8 Ea bolelang hore ke lokile o haufi.

Ke mang ea ka nqosang?*+

A re eme ’moho* bakeng sa kahlolo.

Ke mang ea batlang ho nkisa khotla?

A ke a tle ho ’na.

 9 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla nthusa.

Ke mang ea tla phatlalatsa hore ke molato?

Kaofela ha bona ba tla ba joaloka seaparo se felileng,

Se jeoeng ke tšoele.*

10 Ke mang har’a lona ea tšabang Jehova,

Ea mamelang lentsoe la mohlanka oa Hae?+

Ke mang ea tsamaileng lefifing le letšo-letšo, moo ho se nang khanya?

A ke a tšepe lebitso la Jehova ’me a itšetlehe ka Molimo oa hae.

11 “Bonang! Lona bohle ba hotetsang mollo,

Ba etsang hore litlhase li tlole,

Tsamaeang khanyeng ea mollo oa lona,

Har’a litlhase tseo le li hotelitseng.

Le tla fumana kotlo ena ho tsoa letsohong la ka:

Le tla robala le le bohlokong bo boholo.

51 ’Mameleng, lona ba lekang ho etsa lintho tse lokileng,*

Lona ba batlang Jehova.

Hopolang lefika leo le fatiloeng ho lona

Le koari eo le ntšitsoeng ho eona.

 2 Hopolang ntate oa lona Abrahama

Le Sara+ ea ileng a le tsoala.*

Abrahama o ne a le mong feela ha ke mo bitsa+

Eaba kea mo hlohonolofatsa le ho mo atisa.+

 3 Jehova o tla tšelisa Sione,+

A tšelise lithako tsohle tsa eona+

’Me o tla etsa hore lefeella la eona le be joaloka Edene+

Le lehoatata* la eona le be joaloka serapa sa Jehova.+

Thabo e khaphatsehang le nyakallo li tla fumanoa ho eona,

Liteboho le pina e monate.+

 4 ’Mameleng, lona batho ba ka,

Ntšekeheleng tsebe, lona sechaba sa ka.+

Molao o tla tsoa ho ’na.+

Ke tla etsa hore toka ea ka e be leseli ho lichaba.+

 5 Ho loka ha ka hoa atamela.+

Poloko ea ka e tla tsoa+

’Me matsoho a ka a tla ahlola lichaba.+

Baahi ba lihlekehleke ba tla ntšepa,+

Ba tla letela letsoho la ka.*

 6 Phahamisetsang mahlo maholimong,

Le shebe tlase lefatšeng.

Maholimo a tla nyamela joaloka mosi.

Lefatše le tla tsofala joaloka seaparo

Le baahi ba lona ba shoe joaloka menoang.

Empa poloko ea ka e tla lula e le teng ka ho sa feleng,+

Ho loka ha ka ho ke ke ha fela.*+

 7 ’Mameleng, lona ba tsebang se lokileng,

Lona sechaba seo molao* oa ka o leng ka lipelong tsa sona.+

Le se ke la tšaba ho nyefoloa ke batho ba nama le mali.

Le se ke la tšosoa ke litlhapa tsa bona.

 8 Ba tla jeoa ke tšoele* joalokaha eka ke seaparo,

’Moto oa liaparo* o ba je joalokaha eka ke boea.+

Empa ho loka ha ka ho tla lula ho le teng kamehla le mehla

Le poloko ea ka melokong eohle.”+

 9 Tsoha, tsoha, u ikapese matla,

Uena letsoho la Jehova!+

Tsoha joaloka matsatsing a khale, joaloka melokong ea khale.

Na ha se uena ea robakantseng Rahaba,*+

Ea hlabileng phoofolo ea tonanahali ea leoatle?+

10 Na ha se uena ea pshesitseng leoatle, metsi a boliba bo boholo?+

Ea entseng boliba ba leoatle tsela e le hore ba lopolotsoeng ba tšele?+

11 Ba lopolotsoeng ba Jehova ba tla khutla.+

Ba tla tla Sione ba hoeletsa ba thabile.+

Ba tla roala korone ea thabo ho ea ho ile.+

Ba tla fumana thabo e khaphatsehang le nyakallo.

Mesarelo le masisa-pelo li tla baleha.+

12 “Ke ’na ea le tšelisang.+

Ke hobane’ng ha u tšaba motho feela oa nama le mali ea tla ichoella+

Le mora oa motho ea tla pona joaloka joang bo botala?

13 Ke hobane’ng ha u lebala Jehova ’Mopi oa hao,+

Ea otlollang maholimo+ le ea ralang motheo oa lefatše?

U ne u tšohile khalefo ea mohatelli* letsatsi lohle

Joalokaha eka o ne a itokiselitse ho u timetsa.

E kae joale khalefo ea mohatelli?

14 Ea tlanngoeng ka liketane o tla lokolloa haufinyane.+

A ke ke a shoa eaba o ea sekoting,

Bohobe ba hae bo ke ke ba haella.

15 Empa ke ’na Jehova Molimo oa hao,

Ea fuluhang leoatle le ea etsang hore maqhubu a lona a loebehlane.+

Lebitso la ka ke Jehova oa mabotho.+

16 Ke tla u bolella mantsoe ao u lokelang ho a bua,

Ke u koahele ka moriti oa letsoho la ka+

E le hore ke thehe maholimo le ho rala motheo oa lefatše+

Le hore ke re ho Sione: ‘Le sechaba sa ka.’+

17 Tsoha, tsoha, phahama, uena Jerusalema,+

Uena ea noeleng kopi ea Jehova ea khalefo letsohong la hae.

Le noele kopi,

Le menyelelitse kopi e etsang hore le thekesele.+

18 Ha ho le ea mong oa bana bohle bao u ba tsoetseng ea teng ho u tataisa.

Ha ho le ea mong oa bana bohle bao u ba holisitseng ea tšoereng letsoho la hao.

19 Lintho tsena tse peli li tla u oela holimo.

Ke mang ea tla u utloela bohloko?

U tla tlatlapuoa ’me u felisoe. U tla lapa ’me u bolaoe ka sabole.+

Ke mang ea tla u tšelisa?+

20 Bana ba hao ba akhehile.+

Ba robala k’honeng ea seterata se seng le se seng*

Joaloka linku tse hlaha ka har’a letlooa.*

Ba tletse khalefo e tsoang ho Jehova le khalemelo e matla e tsoang ho Molimo oa hao.”

21 Joale ka kopo, mamela mona

Uena mosali ea mahlomoleng le ea tahiloeng empa u sa tahoa ke veine.

22 Morena oa hao, Jehova, Molimo oa hao, ea loanelang batho ba hae o re:

“Ke tla tlosa kopi e etsang hore u thekesele letsohong la hao,+

Senoelo, kopi ea ka ea khalefo.

Ha u sa tla hlola u noella ho eona.+

23 Ke tla e beha letsohong la ba u sotlang,+

Ba itseng ho uena, ‘Paqama e le hore re tsamaee holim’a hao.’

Joale u entse mokokotlo oa hao mobu

Le seterata hore ba tsamaee teng.”

52 Tsoha, tsoha, u ikapese matla,+ uena Sione!+

Apara liaparo tsa hao tse ntle,+ uena Jerusalema, motse o halalelang!

Ea sa bollang le ea sa hloekang ha ba sa tla hlola ba kena ho uena.+

 2 Itlhohlore lerole, ema ’me u lule setulong, uena Jerusalema.

Fasolla liketane tse molaleng oa hao, uena morali oa Sione oa motšoaruoa.+

 3 Jehova o re:

“Le rekisitsoe mahala+

’Me le tla lokolloa ntle ho tefo.”+

 4 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“Qalong batho ba ka ba ile ba theohela Egepeta ho ea lula teng e le balichaba+

Eaba Asiria e ba hatella ntle ho lebaka.”

 5 Jehova o re: “Joale, ke lokela ho etsa’ng moo?”

Jehova o boetse o re: “Sechaba sa ka se nkiloe feela.

Ba se busang ba ntse ba ithorisa ka tlholo,+

Lebitso la ka lea telloa kamehla, letsatsi lohle.+

 6 Ka lebaka leo, sechaba sa ka se tla tseba lebitso la ka.+

Ka lebaka lona leo, ba tla tseba letsatsing leo hore ke ’na ea buang.

Ke ’na ea buang!”

 7 A matle hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse monate,+

Ea phatlalatsang khotso,+

Ea tlisang litaba tse monate tsa ho hong ho molemo,

Ea phatlalatsang poloko,

Ea reng ho Sione: “Molimo oa hao ke Morena.”+

 8 Mamela! Balebeli ba hao ba phahamisa mantsoe.

Ba hoeletsa ba thabile ba le ’moho

Hobane ba tla bona ka mahlo ha Jehova a khutlisa Sione.

 9 Nyakallang, hoeletsang ka thabo le le ’moho, lona libaka tse ripitliloeng tsa Jerusalema+

Hobane Jehova o tšelisitse batho ba hae.+ O lopolotse Jerusalema.+

10 Jehova o entse hore lichaba tsohle li bone matla a hae a halalelang.+

Batho bohle ba lefatšeng ba tla bona hore na Molimo oa rona o entse’ng ho pholosa* batho ba hae.+

11 Lona ba jarang lijana tsa ntlo ea Jehova,+

Tlohang, tlohang, tsoang moo,+ le se ke la tšoara letho le sa hloekang.+

Tsoang har’a eona,+ le ipoloke le hloekile.

12 Le ke ke la tsoa le tšohile

Kapa la tlameha ho baleha

Kaha Jehova o tla tsamaea ka pel’a lona,+

Molimo oa Iseraele e tla ba molebeli oa lona ea ka morao.+

13 Mohlanka oa ka+ o tla etsa lintho ka temoho.

O tla behoa maemong a phahameng,

A phahamisoe ’me a hlomphuoe haholo.+

14 Feela joalokaha ho ne ho e-na le ba bangata ba neng ba mo shebile ba maketse

Hobane o ne a senyehile sebopeho ho feta mang kapa mang

Le botle ba hae bo senyehile ho feta ba batho,

15 Ka tsela e tšoanang o tla makatsa lichaba tse ngata.+

Marena a tla koala melomo* ka pel’a hae,+

A tla bona lintho tseo a sa li bolelloang

’Me a tla nahana ka lintho tseo a sa kang a li utloa.+

53 Ke mang ea lumetseng ntho eo re e tlalehileng?*+

Letsoho la Jehova+ lona le bonahalitsoe ho mang?+

 2 Mohlanka o tla hlaha joaloka lehlomela+ ka pel’a hae,* joaloka motso naheng e omeletseng.

Ha a shebahale joaloka mohlomphehi kapa morui+

’Me ha re mo sheba, ponahalo ea hae ha e re khahle.*

 3 O ile a nyefoloa ’me a qojoa ke batho.+

O ile a tseba hore na ho joang ho utloa bohloko le hore na bokuli ke eng.

E ne eka re patetsoe sefahleho sa hae.*

O ile a nyefoloa ’me ra mo nka e se motho oa bohlokoa.+

 4 Kannete o ile a jara maloetse a rona,+

A jara le bohloko ba rona.+

Empa ra nka hore oa hlokofatsoa, ra nka hore Molimo oa mo otla le ho mo hlorisa.

 5 Empa o ile a hlajoa+ ka lebaka la litšito tsa rona,+

A hlokofatsoa ka lebaka la liphoso tsa rona,+

A mamella kotlo hore re be le khotso.+

Re folisitsoe ka lebaka la maqeba a hae.+

 6 Kaofela re lelerile joaloka linku.+

E mong le e mong o tsoile ka tsela ea hae

Empa Jehova o entse hore phoso ea rona e jaroe ke eena.+

 7 O ile a hatelloa+ ’me a itumella hore a hlorisoe+

Empa ha ho letho leo a ileng a le bua.

O ile a tlisoa joaloka nku e tl’o hlajoa+

Joaloka nku e tšehali e khutsitseng ka pel’a bakuti ba eona,

Ha ho letho leo a ileng a le bua.+

 8 O ile a tlosoa ka lebaka la kahlolo e se nang toka.*

Ke mang ea tla nahanisisa ka lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae?*

O ile a tlosoa naheng ea ba phelang.+

A shapuoa* ka lebaka la phoso ea sechaba sa ka.+

 9 Le hoja a ne a sa etsa letho le phoso*

Ebile ho se na bolotsana ho eena,*+

O ile a fuoa lebitla* sebakeng se le seng le ba khopo.+

Ha a shoa, a patoa le barui.*+

10 Empa e ne e le thato ea Jehova* hore a hlokofatsoe ’me o ile a mo tlohela hore a kule.

Haeba u tla hlahisa bophelo ba hae e le nyehelo ea molato,+

O tla bona bana* ba hae, a eketse matsatsi a hae+

’Me ka eena thato* ea Jehova e tla phethahala.+

11 Ka lebaka la mahlomola a hae,* o tla bona ’me a khotsofale.

Ka tsebo ea hae, mohlanka oa ka ea lokileng+

O tla thusa batho ba bangata hore ba fihlele ho loka+

’Me a jare liphoso tsa bona.+

12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo har’a ba bangata,

O tla arolelana le ba matla thepa e hapuoeng

Kaha o fane ka bophelo ba hae*+

’Me a balelloa har’a ba tlolang molao.+

O jere libe tsa batho ba bangata+

’Me a kena lipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

54 Jehova o re: “Hoeletsa ka thabo, uena mosali ea sa kang a ba le bana.+

Thaba, u hoeletse u nyakaletse,+ uena ea sa kang a ba le mahlaba a pelehi+

Hobane bara* ba mosali ea lahliloeng ba bangata

Ho feta ba mosali ea nang le monna.*+

 2 Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo.+

Otlolla masela a tente a tabernakele ea hao e kholo.

U se ke oa ithiba. Eketsa bolelele ba lithapo tsa tente ea hao,

U tiise litšepe tsa tente ea hao.+

 3 U tla namela ka ho le letona le ka ho le letšehali.

Bana ba hao ba tla hapa lichaba,

Ba lule metseng eo e seng e se na baahi.+

 4 U se ke oa tšoha+ hobane u ke ke oa hlajoa ke lihlong.+

U se ke oa ikutloa u tlotlolotsoe hobane u ke ke oa soetseha.

U tla lebala lihlong tsa bocha ba hao

Hape ha u sa tla hopola sekhobo sa bohlolohali ba hao.”

 5 “Moetsi oa hao e Moholo+ o joaloka monna oa hao,*+

Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho,

Mohalaleli oa Iseraele ke Molopolli oa hao.+

O tla bitsoa Molimo oa lefatše lohle.+

 6 Jehova o u bitsitse joalokaha eka u mosali ea lahliloeng, ea saretsoeng,+

Joaloka mosali ea nyetsoeng a sa le mocha eaba oa lahloa,” ke Molimo oa hao ea chong.

 7 “Ke u lahlile ka nakoana

Empa ka lebaka la mohau ke tla u khutlisa.+

 8 Kaha ke ne ke u halefetse haholo ka nakoana, ke ile ka u patela sefahleho sa ka+

Empa kaha lerato la ka ha le fele, ke tla u hauhela,”+ Molopolli oa hao+ Jehova ke eena ea chong.

 9 “Ho ’na ho tšoana le mehleng ea Noe.+

Feela joalokaha ke ile ka hlapanya hore metsi a mehleng ea Noe ha a sa tla hlola a koahela lefatše,+

Kea hlapanya hore ha ke sa tla u halefela kapa ka u fa kotlo.+

10 Lithaba li ka tlosoa

Le maralla a ka sisinyeha

Empa ’na ke tla lula ke u rata kamehla le mehla+

Le selekane sa ka sa khotso se ke ke sa sisinyeha,”+ Jehova, ea u hauhelang o cho joalo.+

11 “Uena mosali ea mahlomoleng,+ ea fefoloang ke sefefo se matla, ea sa tšelisoang,+

Ke u haha ka majoe le samente e thata,

Ke tla rala motheo oa hao ka lisafire.+

12 Ke tla etsa litora tsa hao ka lirubi

Le likeiti tsa hao ka majoe a phatsimang,*

Le meeli eohle ea hao ka majoe a bohlokoa.

13 Bana bohle ba hao ba tla rutoa ke Jehova+

’Me khotso ea bana ba hao e tla ba ngata.+

14 U tla tiisoa ka thata ka ho loka.+

U tla ba hole le khatello,+

U ke ke oa tšaba letho kapa ha e-ba le ntho e u tšosang

Kaha e ke ke ea u atamela.+

15 Haeba mang kapa mang a ka u hlasela,

E tla be e se ka taelo ea ka.

O tla liha mang kapa mang ea u hlaselang.”+

16 “Ke ’na ea bopileng setsebi sa mesebetsi ea matsoho,

Se butsoelang mollo oa mashala

Ebe se etsa sebetsa.

Ke boetse ke bopile motho ea senyang ea etsang mosebetsi oa ho senya.+

17 Ha ho na sebetsa se etselitsoeng ho u loantša se tla atleha,+

U tla ahlola leleme leha e le lefe le lekang ho u ahlola.

Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova

’Me ho loka ha bona ho tsoa ho ’na,” ke Jehova ea chong.+

55 Tloong, lona bohle ba nyoriloeng.+ Tloong metsing.+

Lona ba se nang chelete, tloong le reke ’me le je.

Tloong, le reke veine le lebese+ ntle ho chelete le ntle ho tefo.+

 2 Ke hobane’ng ha le ntse le ntša chelete bakeng sa ntho eo e seng bohobe?

Ke hobane’ng ha le sebelisa mokholo oa lona* bakeng sa ntho e sa le khotsofatseng?

’Mameleng ka hloko ’me le je lijo tse nang le phepo.+

Le tla thaba haholo ka lebaka la lijo tse matlafatsang e le kannete.*+

 3 Mamelang ka hloko* ’me le tle ho ’na.+

Mamelang ’me le tla lula le phela,

Hang-hang ke tla etsa selekane se sa feleng le lona+

Tumellanong le lerato la sebele leo ke le tšepisitseng Davida. Tšepiso ena e tla phethahala.*+

 4 Ke mo entse paki+ lichabeng,

Moeta-pele+ le molaoli+ oa lichaba.

 5 U tla bitsa sechaba seo u sa se tsebeng.

Batho ba sechaba se sa kang sa u tseba ba tla mathela ho uena

Ka lebaka la Jehova Molimo oa hao,+ Mohalaleli oa Iseraele

Hobane o tla u tlotlisa.+

 6 Batlang Jehova ha a sa ntse a fumaneha.+

Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.+

 7 Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae,+

A tlohele ho nahana bokhopo.

A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela,+

A khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.*+

 8 Jehova o re: “Menahano ea ka ha e tšoane le menahano ea lona,+

Litsela tsa lona ha li tšoane le litsela tsa ka.

 9 Joalokaha maholimo a phahametse lefatše,

Litsela tsa ka le tsona li phahametse litsela tsa lona

Le menahano ea ka e phahametse menahano ea lona.+

10 Feela joalokaha pula le lehloa li theoha leholimong,

Li sa khutlele teng li e-s’o nosetse lefatše le ho etsa hore le be le lihlahisoa ’me le hlomele

Le hore le hlahisetse mojali peo le batho ba fumane lijo,

11 Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+

Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana.+

Le tla fela le etse eng kapa eng eo ke e ratang*+

’Me joang kapa joang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse.

12 Lona batho ba ka, le tla tloha le thabile,+

Le tla khutlisoa ka khotso.+

Lithaba le maralla li tla nyakalla ka pel’a lona, li hoeletse li thabile.+

Lifate tsohle tsa naha li tla opa liatla.+

13 Ho tla hlaha sefate sa junipere ho e-na le lihlahla tse meutloa.+

Ho tla hlaha sefate sa mirte ho e-na le bobatsi.

Liphetoho tsena li tla tumisa* Jehova,+

E tla ba letšoao le ke keng la felisoa.”

56 Jehova o re:

“E-bang le toka+ ’me le etse lintho tse lokileng

Hobane poloko ea ka e tla tla haufinyane

Le ho loka ha ka ho tla senoloa.+

 2 Motho ea etsang lintho tsena oa thaba

Hammoho le mora oa motho ea tšoarellang ho tsona,

Ea bolokang Sabatha ’me a sa e silafatse+

Le ea thibang letsoho la hae hore le se ke la etsa bokhopo ba mofuta ofe kapa ofe.

 3 Molichaba ea ikopanyang le Jehova+ ha a lokela ho re:

‘Joang kapa joang, Jehova o tla ntlosa ho batho ba hae.’

Le leqhalaha* ha lea lokela ho re: ‘ ’Na ke sefate se omeletseng.’”

4 Jehova o re: “Maqhalaha a bolokang lisabatha tsa ka, a khethang ho etsa seo ke se thabelang le a tšoarellang selekaneng sa ka,

 5 Ke tla a fa sefika le lebitso ka tlung ea ka le ka har’a marako a ka

E leng ntho e molemo ho feta bara le barali.

Ke tla a fa lebitso le tla tšoarella ka ho sa feleng,

Le ke keng la fela.

 6 Ha e le balichaba ba ikopanyang le Jehova hore ba mo sebeletse,

Ba rate lebitso la Jehova,+

Le hore e be bahlanka ba hae,

Bohle ba bolokang Sabatha ’me ba sa e silafatse

Le ba tšoarellang selekaneng sa ka,

 7 Ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang,+

Ke etse hore ba thabe ka har’a ntlo ea ka ea thapelo.

Linyehelo tsa bona tsa secheso le mahlabelo a bona a tla amoheloa aletareng ea ka.

Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo bakeng sa lichaba tsohle.”+

8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, ea bokellang batho ba qhalakantsoeng ba Iseraele+ o re:

“Ke tla bokella ba bang ho eena ntle le ba seng ba bokeletsoe.”+

 9 Lona liphoofolo tsohle tse hlaha, tloong le tl’o ja,

Lona liphoofolo tsohle tse hlaha tsa moru.+

10 Balebeli ba hae ba foufetse,+ ha ho le ea mong oa bona ea hlokometseng hore na ho ka etsahala’ng.+

Kaofela ha bona ke lintja tse sa khoneng ho bua, tse sa khoneng ho bohola.+

Lia hemesela ebile li bothile. Li rata boroko.

11 Ke lintja tse meharo,

Ha ho mohla li khorang.

Ke balisa ba se nang kutloisiso.+

Kaofela ha bona ba tsoile ka tsela ea bona,

E mong le e mong o batla phaello ka bolotsana ’me o re:

12 “Tloong! E-re ke late veine,

A re itlopeng joala.+

Hosane ho tla tšoana le kajeno empa ho be monate le ho feta.”

57 Ea lokileng ha a sa le eo*

Empa ha ho ea ho tebisetsang pelong.

Batho ba tšepahalang baa shoa,+

Ha ho ea lemohang hore ea lokileng o shoele

Ka lebaka la tlokotsi.*

 2 O fumana khotso.

Bohle ba tsamaeang ka ho loka ba phomola mabitleng.*

 3 “Empa ha e le lona, atamelang mona,

Lona bara ba senohe sa mosali,

Bana ba monna ea febang le ba mosali oa letekatse:

 4 Ke mang eo le mo tšehang?

Ke mang eo le mo somang le eo le mo rohakang?

Na ha le bana ba baetsalibe,

Bana ba batho ba leshano,+

 5 Ba nang le takatso e matla ea ho etsa botekatse har’a lifate tse kholo,+

Tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+

Ba bolaelang bana likhohlong,*+

Lipakeng tsa mafika?

 6 U* rata majoe a boreleli a khohlo.+

Ke ’ona ao u a khethileng.

Le ’ona u a tšella linyehelo tsa lino ’me u a fa limpho.+

Na nka khotsofatsoa* ke lintho tsee?

 7 U behile bethe ea hao thabeng e holimo le e phahameng,+

U nyolohetse teng ho ea nyehela sehlabelo.+

 8 U behile setšoantšo* sa hao ka tlung ea hao.*

U mphuraletse ’me oa hlobola.

Oa nyoloha, oa etsa hore bethe ea hao e be kholo.

Oa etsa selekane le bona.

U ratile ho robala betheng ea bona+

Le ho sheba setho sa botona.*

 9 Oa theohela Meleke* ka oli

Le ka oli e ngata e nkhang hamonate.

Oa romela baromuoa ba hao hole,

Hoo u ileng oa theohela Lebitleng.*

10 U sehlile ka ho latela litsela tsa hao tse ngata.

Empa ha oa ka oa re: ‘Ha ho na thuso!’

U hlasimolohile.

Ke ka lebaka leo u sa teleng.*

11 U tšohile mang, hona u tšaba mang

Hore u be u bue leshano?+

Ha oa ka oa nkhopola.+

Ha oa ka oa nahanisisa ka letho.+

Kaha ke ne ke thotse, ke khutsitse,*+

U ne u sa ntšabe.

12 Ke tla pepesa ‘ho loka’+ ha hao le mesebetsi ea hao+

’Me e ke ke ea u tsoela molemo.+

13 Ha u hoeletsa ho kopa thuso,

Litšoantšo tseo u li bokeletseng li ke ke tsa u pholosa.+

Moea o tla li fefola kaofela,

Li tla nkoa ke moeanyana feela.

Empa ea tšabelang ho ’na, naha ena e tla ba lefa la hae,

O tla lula thabeng ea ka e halalelang.+

14 Ho tla thoe: ‘Etsang tsela, etsang tsela. Lokisang tsela.+

Tlosang tšitiso efe kapa efe tseleng ea batho ba ka.’”

15 Ea Holimo le Ea Phahameng,

Ea phelang*+ ka ho sa feleng, eo lebitso la hae le halalelang+ o re:

“Ke lula sebakeng se phahameng, se halalelang+

Hape ke lula le ba nyahameng le ba oeleng moea

E le hore ke hlasimolle ba oeleng moea

Le ho hlasimolla lipelo tsa ba nyahameng.+

16 Nke ke ka ba hanyetsa ho ea ho ile

Kapa ka lula ke halefile.+

Ka lebaka la ka motho* o ne a tla tepella+

Esita le libopuoa tse phelang tseo ke li entseng.

17 Ke ne ke halefetse hore ebe o* ne a etsa sebe sa ho latella ho fumana phaello ea bolotsana,+

Kahoo ka mo otla, ka pata sefahleho sa ka ka ba ka mo halefela.

Empa a ’na a tsamaea joaloka mokoenehi,+ a tsamaea tseleng ea pelo ea hae.

18 Ke bone litsela tsa hae

Empa ke tla mo folisa+ le ho mo tataisa,+

Ke mo tšelise,*+ eena le batho ba hae ba utloileng bohloko.”+

19 Jehova o re: “Ke beha mantsoe a thoriso lelemeng la motho.*

Ho tla ba le khotso e sa feleng ho motho ea hole le ea haufi+

’Me ke tla mo folisa.”

20 “Empa ba khopo ba joaloka leoatle le loebehlanang, le ke keng la kokobela,

Leo metsi a lona a hlahisang litlama-tlama tsa leoatle le seretse.

21 Ba khopo ba ke ke ba fumana khotso,” ke Molimo oa ka ea chong.+

58 “Hoeletsa, u se ke oa thola.

Phahamisa lentsoe joaloka lenaka.

Bolella batho ba ka borabele ba bona+

Le ba ntlo ea Jakobo libe tsa bona.

 2 Ba mpatla letsatsi le letsatsi,

Ba bontša hore ba thabela ho tseba litsela tsa ka

Joalokaha eka ke batho ba neng ba etsa lintho tse lokileng

Le ba sa kang ba tlohela tsela e lokileng ea Molimo oa bona.+

Ba nkopa hore ke ahlole ka toka,

Ba thabela ho atamela ho Molimo.+

 3 Ba re: ‘Ke hobane’ng ha u sa bone ha re itima lijo?+

Ke hobane’ng ha u sa hlokomele ha re ikutloisa bohloko?’+

Ka re: ‘Hobane ka letsatsi la ho itima lijo le etsa lintho tse batloang* ke lona,

Le hatella basebetsi ba lona.+

 4 Ha le itima lijo le qetella ka liqabang le ntoa

’Me le otlana ka litebele le halefile.*

Le ke ke la itima lijo ka tsela ena eaba le lebella hore mantsoe a lona a utluoe leholimong.

 5 Na tsela eo ke le laetseng ho itima lijo ka eona e lokela ho ba tjee?

Na e lokela ho ba letsatsi la hore motho a itlhokofatse,

A inamise hlooho ea hae joaloka loli,

A robale holim’a lesela le hoashang* le molora?

Na ee ke ntho eo le e bitsang ho itima lijo le letsatsi le thabisang Jehova?

 6 Che. Mokhoa oa ho itima lijo oo ke o khethang ke ona:

Ho fasolla litlamo tsa bokhopo,

Ho tlamolla marapo a joko,+

Ho lokolla batho ba hateletsoeng+

Le ho khaola joko e ’ngoe le e ’ngoe likoto tse peli.

 7 Ke ho fa ba lapileng bohobe,+

Ho bulela ba hlokang mahae le bafutsana matlo a lona,

Ho apesa motho ea hlobotseng ha le mo bona+

Le hore le se ke la lahla bana ba bo lona.

 8 Joale leseli la lona le tla khanya joaloka mafube+

Le be le fole ka potlako.

Ho loka ho tla tsamaea ka pel’a lona,

Khanya ea Jehova e tla ba molebeli oa lona ea ka morao.+

 9 Joale le tla hoeletsa ’me Jehova o tla araba.

Le tla hoeletsa ho kopa thuso ’me o tla re: ‘Ke ’na enoa!’

Haeba le tlosa joko har’a lona,

Le khaotsa ho supana ka menoana le ho etselletsa,+

10 Haeba le fa motho ea lapileng ntho eo le lona le e lakatsang+

Le bile le hlokomela batho ba hateletsoeng,

Ha le etsa joalo leseli la lona le tla khanya lefifing,

Le lefifi la lona le be joaloka leseli motšehare.+

11 Kamehla Jehova o tla le etella pele,

A le khotsofatse* esita leha le le naheng e otluoeng ke komello.+

O tla le matlafatsa*

’Me le tla tšoana le serapa se nosetsoang hantle,+

Le tšoane le seliba se lulang se e-na le metsi.

12 Ba tla tsosolosa lithako tsa mehleng ea khale ka lebaka la lona,+

Le tla tsosa metheo ea meloko ea khale,+

Le bitsoe ba lokisang marako a petsohileng,+

Ba tsosolosang litsela e le hore batho ba lule pel’a tsona.

13 Haeba ka lebaka la Sabatha le qoba* ho etsa lintho tseo le li ratang* ka letsatsi la ka le halalelang+

’Me le bitsa Sabatha thabo ea lona, letsatsi le halalelang la Jehova, le hlomphehang,+

Haeba le le hlompha ho e-na le ho etsa lintho tseo le li batlang le ho bua mantsoe a se nang thuso,

14 Joale ’na Jehova ke tla ba mohloli oa lona oa thabo.

Ke tla etsa hore le buse libaka tse phahameng tsa lefatše.+

Ke tla etsa hore le je* lefa la moholo-holo oa lona Jakobo,+

Ke Jehova ea chong.”

59 Letsoho la Jehova ha le lekhutšoanyane hore le sitoe ho pholosa+

Le litsebe tsa hae ha lia koaleha* hore li sitoe ho utloa.+

 2 Che, liphoso tsa lona li le arohantse le Molimo oa lona.+

Libe tsa lona li entse hore a le patele sefahleho sa hae

’Me ha a batle ho le utloa.+

 3 Matsoho a lona a silafalitsoe ke mali+

Le menoana ea lona e silafalitsoe ke phoso.

Le bua leshano ka melomo ea lona,+ ka maleme a lona le honotha lintho tse sa lokang.

 4 Ha ho na motho ea hoeletsang ho loka+

’Me ha ho ea buang ’nete ka khotla.

Ba tšepile lefeela*+ ’me ba bua lintho tse se nang thuso.

Ba emola khathatso ’me ba tsoala lintho tse kotsi.+

 5 Ba qhotsa mahe a noha e chefo,

Ba loha tepo ea sekho.+

Mang kapa mang ea jang mahe a bona o ne a tla shoa,

’Me lehe le pshatlehileng le qhotsa marabe.

 6 Tepo ea bona e ke ke ea e-ba seaparo

Le lintho tseo ba li etsang li ke ke tsa ba thusa.+

Mesebetsi ea bona e kotsi

’Me liketso tse kotsi li matsohong a bona.+

 7 Ba* mathela ho etsa bokhopo.

Ba potlakela ho tšolla mali a batho ba se nang molato.+

Menahano ea bona ke menahano e kotsi,

Baa senyetsana, ba bakelana masisa-pelo.+

 8 Ha ba tsebe tsela ea ho ba le khotso le batho ba bang.

Litseleng tsa bona ha ho na toka.+

Ba sotha litsela tsa bona.

Ha ho ea hatang ho tsona ea tla tseba khotso.+

 9 Ke ka lebaka leo toka e leng hole le rona,

Le ho loka ho sa re fumaneng.

Re ntse re lebeletse leseli empa ho lefifi.

Re lebeletse khanya empa re ntse re tsamaea lefifing.+

10 Re phopholetsa lebota joaloka lifofu

’Me re ntse re phopholetsa joaloka ba se nang mahlo.+

Re khoptjoa motšehare o moholo joalokaha eka ke shoalane.

Har’a ba matla re tšoana le batho ba shoeleng.

11 Kaofela ha rona re ntse re rora joaloka libere.

Re ntse re lla re utloile bohloko joaloka maeba.

Re lebeletse toka empa ha e eo.

Re lebeletse poloko empa e hole haholo le rona.

12 Borabele ba rona bo ngatafetse ka pel’a hao,+

Libe tsohle tsa rona lia re qosa.+

Re tseba borabele ba rona,

Le liphoso tsa rona re li tseba hantle.+

13 Re foselitse Jehova ebile re mo latotse.

Re furaletse Molimo oa rona.

Re buile ka khatello le borabele,+

Re emotse mashano, ra bua mantsoe ao e seng ’nete ka pelong.+

14 Toka e suthiselitsoe morao+

’Me ho loka ho emella hole.+

’Nete* e khopiloe literateng

’Me ntho e nepahetseng ha e khone ho kena.

15 ’Nete* ha e sa le eo+

’Me mang kapa mang ea furallang bobe oa tlatlapuoa.

Jehova o bone sena ’me ha sea mo thabisa*

Hobane ho ne ho se na toka.+

16 A bona hore ho ne ho se na motho,

A makatsoa ke hore ebe ha ho na motho ea kenang lipakeng.

Kahoo, a lopolla* batho ka letsoho la hae,

Ho loka ha hae ha mo tšehetsa.

17 Joale a apara ho loka joaloka seaparo sa tšepe,

A roala helmete ea poloko.*+

A apara liaparo tsa phetetso+

’Me a apara cheseho joaloka seaparo.*

18 O tla ba putsa ho latela mesebetsi ea bona:+

O tla halefela bahanyetsi ba hae, a iphetetse ho lira tsa hae.+

O tla fa baahi ba lihlekehleke moputso o ba loketseng.

19 Ba ka bophirimela ba tla tšaba lebitso la Jehova,

Ba ka bochabela ba tšabe khanya ea hae.

O tla tla joaloka noka e bakang mahlomola,

Eo moea oa Jehova o etsang hore e phalle.

20 Jehova o re: “Molopolli+ o tla tla Sione+

Ho bana ba Jakobo ba furallang phoso.”+

21 Jehova o re: “Selekane sa ka le bona ke sena:+ Moea oa ka o leng ho uena le mantsoe a ka ao ke itseng u a bue, a ke ke a tlosoa molomong oa hao, molomong oa bana* ba hao kapa molomong oa litloholo* tsa hao ho tloha hona joale ho ea ho ile,” ke Jehova ea chong.

60 “Tsoha, uena Jerusalema,*+ khantša leseli kaha leseli la hao le tlile.

Khanya ea Jehova e khanya holim’a hao.+

 2 Lefifi le tla koahela lefatše,

Lefifi le letšo-letšo le koahele lichaba.

Empa Jehova o tla khanya holim’a hao,

Khanya ea hae e tla bonoa ho uena.

 3 Lichaba li tla ea leseling la hao+

Le marena+ a ee botleng ba hao bo khanyang.*+

 4 Phahamisa mahlo ’me u shebe hohle ho u potoloha.

Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hole+

Le barali ba hao ba pepiloeng.

Kaofela ha bona ba phuthehile, ba tla ho uena.+

 5 Ka nako eo, u tla bona ’me u thabe.+

Pelo ea hao e tla nyakalla ’me e tlale thabo

Kaha maruo a leoatle a tla lebisoa ho uena,

Maruo a lichaba a tle ho uena.+

 6 Mehlape ea likamele e tla koahela naha ea hao,*

Likamele tse matla tsa Midiane le Efa.+

Bohle ba tsoang Sheba ba tla tla.

Ba tla nka khauta le libano tse tšoeu,

Ba phatlalatse lithoriso tsa Jehova.+

 7 Mehlape eohle ea Kedare+ e tla phuthoa, e tlisoe ho uena.

Liramo tsa Nebajothe+ li tla u sebeletsa.

Li tla amoheloa joaloka sehlabelo aletareng ea ka+

’Me ke tla khabisa ntlo ea ka e ntle.*+

 8 Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka maru,

Joaloka maeba a eang lirobeng* tsa ’ona?

 9 Baahi ba lihlekehleke ba tla ntšepa+

Le likepe tsa Tarshishe li ka pele*

Hore li tlise bana ba hao ba tsoang hole+

Hammoho le silevera le khauta ea bona

E le hore ba rorise lebitso la Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele

Hobane o tla u tlotlisa.*+

10 Balichaba ba tla u hahela marako

’Me marena a bona a tla u sebeletsa.+

Ke ile ka u otla hobane ke halefile

Empa ke tla u hauhela hobane ke u rata.+

11 Likeiti tsa hao li tla lula li butsoe.+

Li ke ke tsa koaloa motšehare kapa bosiu

E le hore u tlisetsoe maruo a lichaba

’Me marena a lichaba a tla ba ka pele.+

12 Sechaba le ’muso leha e le ofe o ke keng oa u sebeletsa o tla timela

Ebile lichaba li tla ripitloa hampe.+

13 Khanya ea Lebanone e tla tla ho uena+

Hammoho le sefate sa junipere, sefate sa molora* le sa kiprese,+

Bakeng sa ho khabisa tempele ea ka.

Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.+

14 Bara ba batho ba ileng ba u hlorisa ba tla tla ’me ba u inamele.

Bohle ba u tellang ba lokela ho khumama maotong a hao,

Ba tla lokela ho u bitsa motse oa Jehova,

Sione ea Mohalaleli oa Iseraele.+

15 Ho e-na le hore u sale u lahliloe kherehloa ’me u hlouoe, ho se motho ea u fapohelang,+

Ke tla etsa hore u rorisoe ka ho sa feleng,

U be mohloli oa thabo melokong eohle.+

16 U tla noa lebese la lichaba,+

U sebelise maruo a marena,*+

U tla fela u tsebe hore ’na Jehova, ke Mopholosi oa hao,

Ea Matla oa Jakobo ke Molopolli oa hao.+

17 Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo,

Ke tlise silevera ho e-na le tšepe.

Ke tla tlisa koporo ho e-na le lehong,

Ke tlise tšepe ho e-na le majoe.

Ke tla beha khotso hore e be molebeli oa hao

Le ho loka hore ho u abele mosebetsi.+

18 Ntoa ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno

Kapa timetso le tšenyo ka har’a meeli ea heno.+

U tla bitsa marako a hao Poloko+ le likeiti tsa hao Thoriso.

19 Letsatsi ha e sa tla hlola e e-ba leseli la hao motšehare,

Khanya ea khoeli ha e sa tla hlola e u fa leseli.

Ho uena Jehova e tla ba leseli le sa feleng,+

Molimo oa hao e be botle ba hao.+

20 Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le likela

Kapa khoeli ea hao e fifale

Hobane Jehova e tla ba leseli le sa feleng bakeng sa hao+

’Me matsatsi a hao a ho utloa bohloko a tla be a felile.+

21 Batho ba hao kaofela e tla ba ba lokileng.

Ba tla rua naha ho ea ho ile.

Batho bana ke lehlomela leo ke le lemmeng,

Mosebetsi oa matsoho a ka+ hore ke tlotlisoe.+

22 E monyenyane o tla fetoha ba sekete,

Ea fokolang e be sechaba se matla.

’Na Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.”

61 Moea oa Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o holim’a ka+

Hobane Jehova o nkhethetse* hore ke bolelle ba bonolo+ litaba tse monate.

O nthometse hore ke tlamise lipelo tsa ba utloileng bohloko,

Ke phatlalatse tokoloho ho batšoaruoa

Le ho tutubolla mahlo a batšoaruoa,+

 2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa mohau*

Le letsatsi la phetetso la Molimo oa rona,+

Ho tšelisa bohle ba utloileng bohloko,+

 3 Ho hlokomela ba utloileng bohloko ka lebaka la Sione,

Ho ba fa tuku ho e-na le molora,

Ho ba fa oli hore ba thabe ho e-na le ho utloa bohloko,

Ho ba fa seaparo hore ba nthorise ho e-na le ho oa moea.

Ba tla bitsoa lifate tse kholo tsa ho loka,

Tse lenngoeng ke Jehova e le hore li mo tlotlise.*+

 4 Ba tla tsosolosa libaka tse ripitliloeng khale,+

Ba tsosolose lithako tsa khale.

Ba tla haha bocha metse e ripitliloeng,+

Libaka tse setseng e le lithako ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.+

 5 “Batho bao le sa ba tsebeng ba tla tla ba lise mehlape ea lona,

Balichaba+ e tla ba lihoai tsa lona le balemi ba lona ba morara.+

 6 Ha e le lona, le tla bitsoa baprista ba Jehova,+

Ba tla le bitsa basebeletsi ba Molimo oa rona.

Le tla ja maruo a lichaba,+

Le ithorise ka khanya* ea tsona.

 7 Le tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habeli ho e-na le ho hlajoa ke lihlong,

Le tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ea lona ho e-na le ho tlotloloha.

Ba tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habeli naheng ea bona.+

Ba tla thaba ka ho sa feleng.+

 8 ’Na, Jehova, ke rata toka.+

Ke hloile bosholu le lintho tse sa lokang.+

Ke tla ba fa moputso oa bona ka botšepehi,

Ke etse selekane se sa feleng le bona.+

 9 Bana* ba bona ba tla tsejoa har’a lichaba+

Le litloholo tsa bona har’a lichaba.

Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba,

Ba tsebe hore ke bana* bao Jehova a ba hlohonolofalitseng.”+

10 Ke tla thaba haholo ka lebaka la Jehova.

Ke* tla thaba ka pelo eohle ka lebaka la Molimo oa ka.+

O nkapesitse liaparo tsa poloko.+

O nkapesitse seaparo se selelele* sa ho loka

Joaloka monyali ea roalang tuku e tšoanang le ea moprista+

Le joaloka monyaluoa ea ikhabisang ka mekhabiso ea hae.

11 Joalokaha lefatše le hlahisa mahlomela a lona

Le joalokaha serapa se etsa hore lintho tse jetsoeng ho sona li mele,

Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle

O tla etsa hore ho loka+ le thoriso li mele+ ka pel’a lichaba tsohle.

62 Ka lebaka la Sione nke ke ka thola,+

Ka lebaka la Jerusalema nke ke ka tsitsa

Ho fihlela ho loka ha hae ho khanya joaloka khanya e bohale+

Le poloko ea hae e tuka joaloka serumula.+

 2 “Lichaba li tla bona ho loka ha hao, uena Jerusalema,*+

Marena ’ohle a bone khanya ea hao.+

U tla bitsoa ka lebitso le lecha+

Leo Jehova* a tla le khetha.

 3 U tla ba korone ea botle letsohong la Jehova,

U be tuku ea borena letsohong la Molimo oa hao.

 4 Ha u sa tla hlola u bitsoa mosali ea lahliloeng+

Ebile ha ho sa tla hlola ho thoe naha ea hao ha e na baahi.+

Empa u tla bitsoa Thabo ea ka e ho Eena,+

Naha ea hao e bitsoe Mosali ea Nyetsoeng.

Jehova o tla thabisoa ke uena,

Naha ea hao e tla ba joaloka mosali ea nyetsoeng.

 5 Feela joalokaha mohlankana a nyala moroetsana,

Baahi ba naha ba tla u nyala.

Molimo oa hao o tla u thabela

Ka tsela eo monyali a thabelang monyaluoa.+

 6 Uena Jerusalema, ke behile balebeli marakong a hao.

Ba lokela ho lula ba khutsitse letšehare lohle le bosiu bohle.

Lona ba buang ka Jehova,

Le se ke la phomola.

 7 Le se ke la khaotsa ho mo rapela ho fihlela a tiisa Jerusalema ka thata,

Ho fihlela a etsa hore batho ba mo rorise lefatšeng lohle.”+

 8 Jehova o hlapantse ka letsoho la hae le letona, ka letsoho la hae le matla a re:

“Ha ke sa tla hlola ke fa lira lijo* tsa hao

Hape balichaba ba ke ke ba noa veine ea hao e ncha, eo u e sehletseng.+

 9 Empa ba bokellang lijo ba tla li ja ’me ba rorise Jehova,

Ba bokellang veine ba tla e noella mabaleng a ka a halalelang.”+

10 Tsoang, tsoang likeiting.

Hlekang tsela bakeng sa batho.+

Etsang tsela, etsang tsela e kholo.

Tlosang majoe ho eona.+

Phahamisang letšoao* bakeng sa lichaba.+

11 Jehova o phatlalalitse ho ea fihla likhutlong tsa lefatše a re:

“E-reng ho morali oa Sione,

‘Poloko ea hao ea tla.+

Moputso oa hae o ho eena.

Moputso oo a o lefang o ka pel’a hae.’”+

12 Ba tla bitsoa sechaba se halalelang, se lopolotsoeng ke Jehova,+

Uena u tla bitsoa Ea Batloang, Motse oo Molimo a sa Kang a o Lahla.+

63 Ke mang enoa ea tsoang Edomo,+

Ea tsoang Bozra+ a apere liaparo tse ’mala o khanyang,*

Enoa eo liaparo tsa hae li hlomphehang?

Ha a tsamaea, oa bonahala hore o na le matla a maholo.

“Ke ’na, ea buang lintho tse lokileng,

Ea nang le matla a maholo a ho pholosa.”

 2 Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li le khubelu?

Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li tšoana le tsa motho ea tlhotlang morara ho etsa veine?*+

 3 “Ke hataketse bate ea veine ke le mong.

Ha ho na motho ea tsoang lichabeng eo ke neng ke e-na le eena.

Ka ’na ka hatakela lira tsa ka ke halefile,+

Ka li hatakela ke loloma ke khalefo.

Liaparo tsa ka li ne li qaphalelitsoe ke mali a bona.

Ke tlotsitse liaparo tsa ka kaofela.

 4 Ke entse qeto ea ho tlisa letsatsi la phetetso,+

Selemo sa hore batho ba ka ba lopolloe se fihlile.

 5 Ha ke qamaka, ho ne ho se na motho ea nthusang.

Ka makatsoa ke hore ebe ha ho na motho ea ntšehetsang.+

Kahoo, ka tlisa poloko* ka letsoho la ka,

Ka tšehetsoa ke khalefo ea ka.

 6 Ka ’na ka hatakela lichaba ke halefile,

Ka li taha ka khalefo ea ka,+

Ka qhalla mali a tsona fatše.”

 7 Ke tla bua ka lintho tse bontšang mohau oa Jehova,

Liketso tsa Jehova tse lokeloang ke thoriso,

Ka lebaka la tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona,+

Lintho tse ngata tseo a li etselitseng ba ntlo ea Iseraele

Ho ea ka mohau le lerato la hae le leholo.

 8 O itse: “Ruri ke batho ba ka, bana ba tla ntšepahalla.”*+

Kahoo, ea e-ba Mopholosi oa bona.+

 9 Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.+

Moromuoa oa hae* o ile a ba pholosa.+

Ka lerato le qenehelo o ile a ba lopolla+

Eaba oa ba phahamisa le ho ba hlokomela lilemo tseo kaofela.+

10 Empa ba mo fetohela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+

Eaba o fetoha sera sa bona,+

A ba loantša.+

11 Batho ba Molimo ba hopola mehleng ea khale,

Mehleng ea mohlanka oa hae Moshe:

“O kae Ea ba ntšitseng leoatleng+ hammoho le balisa ba batho ba hae?+

O kae Ea theoletseng moea oa Hae o halalelang holim’a Moshe?+

12 O kae Ea neng a tšehelitse Moshe ka letsoho la Hae le matla,*+

Ea arotseng metsi ka pel’a bona+

Ho etsa hore lebitso la hae le lule le hopoloa ho ea ho ile?+

13 O kae ea etsang hore ba tsamaee har’a leoatle le tebileng*

E le hore ba tsamaee ba sa khoptjoe ke letho

Joaloka pere thoteng?

14 Feela joalokaha liphoofolo li theohela phuleng ho ea phomola,

Moea oa Jehova o ile oa ba phomotsa.”+

U ile oa etella batho ba hao pele ka tsela eo

E le hore u iketsetse lebitso le hlomphehang.*+

15 Sheba fatše u le leholimong ’me u bone.

U shebe u le moo u lulang, sebakeng se phahameng sa khalalelo le botle.*

Ke hobane’ng ha u se u sa chesehe le ho bontša matla a hao?

E kae kutloelo-bohloko ea hao,+ o kae mohau oa hao?+

U re hanetse ka tsona.

16 U Ntate oa rona,+

Le hoja Abrahama a ke ke a re tseba

Le Iseraele a ke ke a re lemoha,

Jehova, ke uena Ntate oa rona.

Lebitso la hao ke Molopolli oa rona oa ho tloha khale.+

17 Jehova, ke hobane’ng ha u re tlohela* hore re khelohe litsela tsa hao?

Ke hobane’ng ha u tlohela* lipelo tsa rona hore li thatafale ’me re se ke ra u tšaba?+

Molemong oa bahlanka ba hao, batho bao e leng lefa la hao,

Re hauhele hape.+

18 Batho ba hao ba halalelang ba ile ba rua naha ka nakoana.

Bahanyetsi ba rona ba hataketse sehalalelo sa hao.+

19 Ho tloha khale re bile joaloka bao u sa kang oa ba busa le ka mohla

Le joaloka bao ho seng mohla ba kileng ba bitsoa ka lebitso la hao.

64 Hoja u ile oa hahola maholimo, oa theoha

E le hore lithaba li sisinyehe ka lebaka la hao.

 2 Joalokaha mollo o chesa lihotetso

O bile o etsa hore metsi a bele

Joale lira tsa hao li ne li tla tseba lebitso la hao

Le lichaba li ne li tla thothomela ka pel’a hao.

 3 Nakong eo u neng u etsa lintho tse hlollang tseo re neng re ke ke ra li lebella,+

U ile oa theoha eaba lithaba lia sisinyeha ka pel’a hao.+

 4 Ho tloha mehleng ea khale ha ho motho ea utloileng kapa ea mametseng

Kapa ea boneng Molimo e mong ntle ho uena,

Molimo ea thusang batho ba lulang ba mo lebeletse.*+

 5 U kopane le ba thabelang ho etsa lintho tse lokileng,+

Ba u hopolang ’me ba latela litsela tsa hao.

U ile oa halefa ha re ntse re etsa sebe,+

Re se entse ka nako e telele.

Na re lokela ho pholosoa?

 6 Kaofela re joaloka motho ea sa hloekang,

Liketso tsohle tsa rona tse lokileng li tšoana le lesela le litšila.*+

Kaofela re tla omella joaloka lekhasi,

Liphoso tsa rona li tla re fefola joaloka moea.

 7 Ha ho na ea ipiletsang lebitsong la hao,

Ha ho na ea etsang boiteko ba hore a u batle le ho u tšoara ka tieo.

U re patetse sefahleho sa hao.+

U etsa hore re felloe ke matla* ka lebaka la liphoso tsa rona.

 8 Empa Jehova, u Ntate oa rona.+

Re letsopa ’me u Sebopi sa rona.*+

Kaofela ha rona re mosebetsi oa matsoho a hao.

 9 Jehova, u se ke oa halefa haholo.+

U se ke oa lula u hopola liphoso tsa rona.

Ka kopo, hopola hore kaofela re sechaba sa hao.

10 Metse ea hao e halalelang e fetohile lithako.

Sione e fetohile lithako,

Jerusalema ke hlathe.+

11 Tempele* ea rona e halalelang, e hlomphehang,*

Eo baholo-holo ba rona ba u roriselitseng ho eona,

E chesitsoe ka mollo+

’Me lintho tsohle tsa bohlokoa li senyehile.

12 Jehova, na u tla ’ne u hane ho re thusa le tlas’a maemo aa?

Na u tla ’ne u thole ’me u lumelle hore re hlorisoe hampe tjee?+

65 “Ke itlhahisitse ho batho ba sa kang ba botsa ka ’na.

Ke entse hore ba sa kang ba mpatla ba mphumane.+

Ke itse: ‘Ke ’na enoa, ke ’na enoa!’ ho sechaba se neng se sa ipiletse lebitsong la ka.+

 2 Ke otlolotse matsoho a ka letsatsi lohle bakeng sa sechaba sena se manganga,+

Se tsamaeang tseleng e fosahetseng,+

Se latelang menahano ea sona.+

 3 Ke batho ba lulang ba ntšiteloa ke ntse ke shebile,+

Ba etsetsang mahlabelo lirapeng+ le ba chesang mahlabelo* holim’a litene.

 4 Ba lula har’a mabitla,+

Ba qeta bosiu ba ipatile,*

Ba ja nama ea kolobe,+

Moro oa lintho tse silafetseng* o ka lijaneng tsa bona.+

 5 Ba re: ‘Lula moo u leng teng. U se ke oa nkatamela

Kaha ke halalela ho u feta.’*

Batho bana ba tsoela pele ho nkhalefisa* joaloka mollo o tukang letšehare lohle.

 6 Libe tsa bona li ngotsoe ka pel’a ka.

Nke ke ka ema feela

Empa ke tla ba fa moputso,+

Ke tla ba fa moputso o ba loketseng.

 7 Jehova o re: ‘Bakeng sa liphoso tsa bona le liphoso tsa baholo-holo ba bona+

Kaha ba entse sehlabelo holim’a lithaba

’Me ba nthohakile holim’a maralla,+

Ke tla qala ka ho ba fa moputso oa bona o feletseng.’”*

 8 Jehova o re:

“Feela joalokaha veine e ncha e fumanoa sehlahleng sa morara

Ebe motho e mong o re: ‘U se ke oa se senya hobane se sa ntse se e-na le thuso,’*

Ke tla etsa joalo molemong oa bahlanka ba ka,

Nke ke ke ba timetsa kaofela.+

 9 Ke tla hlahisa bana* ho tsoa lelokong la Jakobo,

Ho tsoa lelokong la Juda ke hlahise motho eo e tla ba mojalefa oa lithaba tsa ka.+

Bakhethoa ba ka ba tla li rua

Le bahlanka ba ka ba lule teng.+

10 Sharone+ e tla ba lekhulo bakeng sa linku.

Khohlo* ea Akore+ e be sebaka sa phomolo bakeng sa likhomo

Molemong oa batho ba ka ba mpatlang.

11 Empa lona le har’a batho ba lahlang Jehova,+

Ba lebalang thaba ea ka e halalelang,+

Ba tekang tafole bakeng sa molimo oa Mahlohonolo

Le ba tlatsang kopi ea veine e tsoakiloeng bakeng sa molimo ea Laolang Bokamoso.

12 Kahoo, ke tla le nehella sabole,+

Kaofela le tla inama hore le bolaoe+

Hobane ke hoelelitse empa ha lea ka la araba.

Ke buile empa ha lea ka la mamela.+

Le ’nile la etsa lintho tse fosahetseng mahlong a ka

’Me la khetha ntho e sa nthabiseng.”+

13 Ka hona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

“Bahlanka ba ka ba tla ja empa lona le tla lapa.+

Bahlanka ba ka ba tla noa+ empa lona le tla nyoroa.

Bahlanka ba ka ba tla thaba+ empa lona le tla soaba.+

14 Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ba thabile hobane lipelo tsa bona li thabile.

Lona le tla lla ka lebaka la lipelo tse bohloko.

Le tla bokolla hobane le oele moea.

15 Le tla iketsetsa lebitso le lebe leo bakhethoa ba ka ba tla le sebelisa ha ba lakaletsa batho bomalimabe.

Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla le bolaea kaofela.

Empa o tla bitsa bahlanka ba hae ka lebitso le leng+

16 E le hore mang kapa mang ea ipatlelang tlhohonolofatso lefatšeng

A tle a hlohonolofatsoe ka Molimo oa ’nete*

Le hore mang kapa mang ea hlapanyang lefatšeng

A tle a hlapanye ka Molimo oa ’nete.*+

Mahlomola* a fetileng a tla be a lebetsoe,

A tla tlosoa ka pel’a mahlo a ka.+

17 Ke bopa maholimo a macha le lefatše le lecha.+

Lintho tsa khale li ke ke tsa hopoloa

Kapa tsa le utloisa bohloko.*+

18 Ka hona thabang ’me le nyakalle ka ho sa feleng ka lebaka la seo ke se bopang.

Ke etsa hore Jerusalema e be sesosa sa nyakallo

Le batho ba eona hore e be sesosa sa thabo e khaphatsehang.+

19 Ke tla thabisoa ke Jerusalema ’me ke thabisoe ke sechaba sa ka.+

Molumo oa ho lla kapa lillo tsa mahlomola ha li sa tla hlola li utloahala ho eona.”+

20 “Sebakeng seo, ha ho sa tla hlola ho e-ba le lesea le phelang matsatsi a seng makae feela

Kapa motho ea holileng ea tla phela nako e khutšoanyane.

Mang kapa mang ea shoang a le lilemo li lekholo o tla nkoa e le moshanyana feela.

Moetsalibe o tla shoa hobane a rohakiloe le hoja a phetse lilemo tse lekholo.*

21 Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona,+

Ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.+

22 Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona,

Ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.

Matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate.+

Sechaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.

23 Ba ke ke ba sebeletsa lefeela+

Kapa ba e-ba le bana ba tla hlaheloa ke tlokotsi.

E tla ba bana* ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova+

Hammoho le litloholo tsa bona.+

24 Le pele ba hoeletsa, ke tla araba.

Ha ba sa ntse ba bua, ke tla utloa.

25 Phiri le konyana li tla fula hammoho,

Tau e tla ja joang joaloka poho,+

Lijo tsa noha e be lerole.

Li ke ke tsa ntša batho kotsi kapa tsa senya ntho leha e le efe thabeng ea ka e halalelang,”+ ke Jehova ea chong.

66 Jehova o re:

“Maholimo ke terone ea ka ’me lefatše ke setuloana sa maoto a ka.+

Joale, le ka nkahela ntlo ea mofuta ofe+

Hona ke phomole hokae?”+

 2 “Letsoho la ka le entse lintho tsena tsohle,

Ke kamoo li bileng teng,” ke Jehova ea chong.+

“Ke tla thabisoa ke motho

Ea ikokobelitseng, ea nyahameng le ea thothometsoang* ke lentsoe la ka.+

 3 Ea hlabang poho o tšoana le ea bolaeang motho.+

Ea etsang sehlabelo ka nku o tšoana le ea robang molala oa ntja.+

Ea nyehelang mpho o tšoana le ea nyehelang mali a kolobe.+

Ea nyehelang libano tse tšoeu+ tsa sehopotso o tšoana le ea kopang tlhohonolofatso ka mantsoe a boloi.*+

Ba ikhethetse litsela tsa bona

’Me ba thabela lintho tse nyonyehang.

 4 Kahoo, ke tla khetha litsela tsa ho ba otla,+

Ke tla ba tlisetsa lintho tse ba tšosang

Hobane ha ke hoeletsa, ha ho na ea ileng a araba.

Ha ke bua, ha ho na ea ileng a mamela.+

Ba ile ba ’na ba etsa lintho tse fosahetseng mahlong a ka,

Ba khetha ho etsa ntho e sa nthabiseng.”+

 5 Utloang lentsoe la Jehova, lona ba thothometsoang* ke lentsoe la hae:

“Bana ba bo lona ba le hloileng, ba le khethollang ka lebaka la lebitso la ka ba itse: ‘E se eka Jehova a ka tlotlisoa!’+

Empa Molimo o tla hlaha a le tlisetse thabo,

Bona ba tla soaba.”+

 6 Ho na le molumo oa moferefere motseng, molumo o hlahang tempeleng.

Ke molumo oa Jehova ha a fa lira tsa hae kotlo e li loketseng.

 7 Mosali o bile le ngoana le pele a otloa ke mahlaba.+

Pele mahlaba a pelehi a qala, o ile a ba le ngoan’a moshanyana.

 8 Ke mang ea kileng a utloa ntho e tjee?

Ke mang ea boneng lintho tse tjee?

Na naha e tla tsoaloa ka letsatsi le le leng?

Kapa na sechaba kaofela se ka tsoaloa ka nako e le ’ngoe?

Empa hang hoba Sione a otloe ke mahlaba, o ile a tsoala bana ba hae.

 9 Jehova Molimo oa hao o re: “Na ke tla etsa hore nako ea ho pepa e fihle ebe joale ha ke etse hore ngoana a hlahe?

Kapa na nka etsa hore ngoana a be mothating oa ho hlaha ebe ke koala popelo?”

10 Thabang le Jerusalema ’me le nyakalle le eena,+ lona bohle ba mo ratang.+

Thabang le eena haholo, lona bohle ba mo llelang

11 Kaha le tla anya matšeliso letsoeleng la hae ’me le khotsofale ka botlalo.

Le tla noa le thabe ka lebaka la khanya ea hae e ngata.

12 Jehova o re:

“Ke mo fa khotso e joaloka noka+

Le khanya ea lichaba e joaloka molapo o phoroselang,+

Le tla anya, le tla pepuoa,

Le tla koietsoa le le holim’a mangole.

13 Joalokaha ’mè a tšelisa mora oa hae

Le ’na ke tla ’ne ke le tšelise,+

Le tla tšelisoa ka lebaka la Jerusalema.+

14 Le tla bona ’me lipelo tsa lona li tla thaba,

Masapo a lona a tla tiea joaloka joang bo botala.

Matla* a Jehova a tla tsebahala ho bahlanka ba hae

Empa o tla nyatsa lira tsa hae.”+

15 “Jehova o tla tla joaloka mollo+

’Me likariki tsa hae li tšoana le moea oa sefefo,+

O tla tla ho tla fana ka kotlo a halefile haholo,

A khalemele ka malakabe a mollo.+

16 Ka mollo Jehova o tla liha kahlolo

A ahlole batho bohle ka sabole ea hae.

Ba bolailoeng ke Jehova ba tla ba bangata.

17 Ba ikhalaletsang le ba itlhoekisang bakeng sa ho kena lirapeng*+ e le ho ea rapela molimo oa bohata, ba jang nama ea kolobe,+ litali+ le lintho tse ling tse nyonyehang, kaofela ha bona ba tla fela,” ke Jehova ea chong. 18 “Kaha ke tseba mesebetsi ea bona le menahano ea bona, kea tla e le hore ke bokelle batho ba lichaba le ba lipuo tsohle ’me ba tla tla, ba bone khanya ea ka.

19 Ke tla beha letšoao har’a bona ’me ba bang ba batho ba phonyohileng ke tla ba romela lichabeng ho ba hulang seqha e leng Tarshishe,+ Pule le Lude.+ Ke tla boela ke ba romele ho ba leng Tubale, Javane+ le lihlekehlekeng tse hole, ba sa kang ba utloa tlaleho e mabapi le ’na kapa ba bona khanya ea ka. Ba tla phatlalatsa khanya ea ka har’a lichaba.+ 20 Ba tla tlisa bana ba bo lona kaofela ho tsoa lichabeng tsohle+ e le mpho ho Jehova ba palame lipere, likariki, likoloi, limmoulo le likamele, ho nyolohela thabeng ea ka e halalelang, Jerusalema feela joalokaha batho ba Iseraele ba tlisa mpho ka sejana se hloekileng ka tlung ea Jehova,” ke Jehova ea chong.

21 “Hape, ke tla nka ba bang hore e be baprista, ba bang e be Balevi,” ke Jehova ea buileng joalo.

22 “Feela joalokaha maholimo a macha le lefatše le lecha+ tseo ke li etsang li tla lula li le teng ka pel’a ka, le lebitso la lona le bana* ba lona ba tla lula ba le teng,” ke Jehova ea chong.+

23 “Khoeli e ’ngoe le e ’ngoe le beke e ’ngoe le e ’ngoe*

Batho bohle ba tla tla hore ba tl’o inama ka pel’a ka,”*+ ke Jehova ea chong.

24 “Ba tla tsoa ’me ba shebe litopo tsa batho ba neng ba mphetohetse.

Liboko tse holim’a tsona li ke ke tsa shoa

Le mollo o li chesang o ke ke oa tima+

’Me li tla fetoha ntho e nyonyehang ho batho bohle.”

E bolelang “Jehova oa Pholosa.”

Kapa: “ha ba tsebe mong’a bona.”

Ka Seheberu: “Ha ea pepetoa.”

Ke ntlo e ruletsoeng ka joang.

Kapa: “babusi.”

Kapa: “litaelo.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”

E leng litšila tse salang ha motho a qhibilihisa lintho tse kang tšepe, silevera le khauta.

Kapa: “Joala ba koro bo ritetsoeng.”

Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Ho bonahala lifate le lirapa li ne li tsamaisana le borapeli ba litšoantšo.

Thapo e chang habonolo.

Kapa: “Karolong e qetellang ea matsatsi.”

Kapa: “eike.”

Kapa: “Eo phefumoloho ea hae e leng linkong tsa hae.”

Kapa: “ba sa khoneng ho etsa qeto.”

Kapa: “mofolisi oa lona.”

Ka Seheberu: “mahlong a khanya ea hae.”

Ka Seheberu: “Ba tla ja litholoana tsa mesebetsi ea bona.”

Kapa: “batho ba se abelang mosebetsi.”

Kapa: “linyepa.”

Kapa: “likhetla tse khabisang tse hlahisang molumo.”

Kapa: “ka hare.”

Sheba Tlhaloso.

E leng letšoao le neng le etsoa ’meleng oa lekhoba kapa motšoaruoa.

Ke ho tlotlolloa ka lebaka la ho se nyaloe le ho se be le bana.

Ka Seheberu: “mantle.”

Kapa: “tšollo ea mali.”

Kapa: “hloekisang.”

Kapa: “faoloa.”

Kapa: “lihekthere tse ’nè.”

Ka Seheberu: “bate e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “efa e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “bahlomphehi ba hae.”

Kapa: “mahlo a baikhohomosi.”

Kapa: “toka.”

Kapa: “Qeto; Keletso.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “li kobiloe hore li fule metsu.”

Ka Seheberu: “lentsoe la serafime se hoeletsang.”

Ka Seheberu: “khutsisitsoe.”

Kapa: “koahetsoe.”

Kapa: “lipelo.”

Kapa: “lipelo tsa bona li se ke tsa utloisisa.”

Kapa: “eike.”

Kapa: “Bana.”

Kapa mohlomong: “ha aa ka a.”

E bolelang “Ke ba Setseng Feela ba Tla Khutla.”

Kapa mohlomong: “tšose.”

Kapa: “phunye marako a eona.” Ka Seheberu: “e qhaqhe.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

E bolelang “Molimo o na le Rona.”

Sheba Tlhaloso.

E leng ea Eufrate.

Mohlomong e bolela “O Potlaketse Thepeng e Hapuoeng.”

Ka Seheberu: “atamela.”

E leng mosali oa Esaia.

Siloe e ne e le kotopo ea metsi.

E leng ea Eufrate.

E bolelang “Molimo o na le Rona.”

Kapa: “Itlameng.”

Ka Seheberu, poleloana “Molimo o na le Rona” ke Emanuele. Sheba Esaia 7:14; 8:8.

Kapa: “hlakileng.”

Kapa: “letela.”

Kapa: “mathuela.”

Kapa: “hlakileng.”

Ka Seheberu: “khanya ea mafube.”

Kapa: “ ’muso; puso ea bohosana.”

Kapa: “ ’Muso; Puso ea bohosana.”

Kapa: “ka lipelo tsa bona tse tellang.”

Kapa mohlomong: “lema.”

Ka Seheberu: “ka morao.”

Kapa mohlomong: “lekala la sefate sa palema le lehlaka.”

Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Ka Seheberu: “molomo o mong le o mong o.”

Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Kapa: “leo le eloang hloko ka lona.”

Kapa: “khanya.”

Ka Seheberu: “Ke.”

E leng batho ba Asiria.

Kapa: “kotlo.”

E leng la batho ba Molimo.

Kapa: “sesebelisoa sa tšepe.”

Kapa: “ho loka.”

Ka Seheberu: “thupa ea molomo oa hae.”

Ka Seheberu: “ka moea oa molomo oa hae.”

Kapa: “taoana e moetse.”

Kapa mohlomong: “Namane le tau li tla ja ’moho.”

E leng ha ngoana a se a tlohelisitsoe ho nyanya.

Ka Seheberu: “motso oa Jese.”

Kapa: “palo.”

Kapa: “Lichaba li tla mo batla.”

Ka Seheberu: “sebakeng sa hae sa phomolo.”

E leng Babilonia.

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “lehetla.”

Kapa: “otlollela matsoho a bona ho.”

Kapa mohlomong: “pshese.”

Ka Seheberu: “leleme.”

E leng noka ea Eufrate.

Kapa mohlomong: “O tla e etsa linokana.”

Ka Seheberu: “meqathatso.”

“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Ka Seheberu: “mosali ea lulang.” Ho sebelisitsoe mokhabo-puo oa thehello ha ho buuoa ka sechaba kaofela.

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “ba halalelitsoeng ba ka.”

Ka Seheberu: “Pelo ea motho e mong le e mong e tla qhibiliha ke letsoalo.”

Ka Seheberu: “tsa linaleli tsa Kesile.” Mohlomong mona ho buuoa ka sehlopha sa linaleli se bitsoang Makolobe le tse ling tse se pota-potileng.

Kapa: “mokhabiso oa mebuso.”

Ke batho ba neng ba lula Babilonia.

Kapa mohlomong: “bademona ba nang le sebopeho sa poli.”

Mona ho buuoa ka ha li hlaba moolo.

Kapa: “O tla ba fa phomolo.”

Kapa: “ba neng ba ba qobella ho sebetsa.”

Kapa: “u tla soma.”

Kapa: “motho ea ba qobellang ho sebetsa.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “liphooko.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “liboko.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “tlung.”

Kapa: “lekala.”

Ka Seheberu: “Ke tla e fiela ka lefielo la pheliso.”

Kapa: “itokiselitseng ho otla.”

Kapa: “noha e lebelo e chefo.”

Kapa: “Tempeleng.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

Ke morara o ommeng o bopuoeng hore o shebahale joaloka likuku.

Kapa: “a behileng morara o mongata o mofubelu.”

Kapa mohlomong: “Hobane mohoo oa ntoa o theohetse holim’a litholoana tsa hao tsa lehlabula le kotulo ea hao.”

Kapa: “lilemo tse tharo tse baliloeng hantle joaloka tsa mohiruoa.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “mafura a nama ea hae.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Phuleng.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “a khahlehang.”

Kapa: “molimo osele.”

Kapa: “se matla haholo, se hatakelang.”

Kapa: “palo.”

Kapa mohlomong: “ke le sebakeng sa ka.”

Ka Seheberu: “ba rafohileng le ba sotseng.”

Kapa: “se matla haholo, se hatakelang.”

Kapa: “mathuela.”

Kapa: “lilope.”

Mofuta oa semela o neng o lengoa mehleng ea khale ’me ho etsoa masela a line ka sona.

Kapa: “Memfise.”

Kapa mohlomong: “lekala la sefate sa palema kapa lehlaka.”

Kapa: “molaoli.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “meqathatso.”

Kapa: “a apere liaparo tsa ka hare feela.”

Kapa: “eo ba neng ba rata botle ba eona.”

E ka ’na eaba ke sebaka sa mehleng ea khale sa Babilonia.

E leng Babilona.

Ka Seheberu: “liqholo tsa ka li opang haholo.”

Kapa: “tlotsang thebe ka oli.”

Ka Seheberu: “bara ba.”

E bolelang “Khutso.”

Kapa: “kamoo mohiruoa a neng a li bala ka hloko kateng.” E leng selemo hantle.

Ho bonahala e le Jerusalema.

Ho sebelisitsoe mokhabo-puo oa mothofatso, mohlomong ho bontša mohau kapa kutloelo-bohloko.

Kapa: “banna ba lipere.”

Ka Seheberu: “koaholla.”

Kapa: “Likhohlo.”

Kapa: “banna ba lipere.”

Kapa: “Tšireletso.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “sebaka sa bolulo.”

Kapa: “matla.”

Kapa: “thakhisa.” E leng Eliakime.

Kapa: “mahlomela.”

Kapa: “thakhisa.” E leng Shebna.

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Peo; Lijo-thollo.”

E leng nokana e tsoang Nokeng ea Nile.

Kapa mohlomong: “kou.”

E ka ’na eaba mona ho buuoa ka Tire.

Ka Seheberu: “matsatsi.”

Kapa: “lefatše.”

Ka Seheberu: “O e sotha sefahleho.”

Kapa mohlomong: “ea omella.”

Kapa: “ka ho sa feleng.”

Kapa: “bophirimela.”

Kapa: “sebakeng sa khanya.”

Kapa: “Mokhabiso.”

Ka Seheberu: “eloa hloko.”

Ka Seheberu: “ka pel’a baholo ba hae.”

Kapa: “U khalemetse.”

Kapa: “veine e nang le litšifa.”

Ka Seheberu: “koenya.”

Kapa: “lesira.”

Ka Seheberu: “phomola holim’a.”

Kapa mohlomong: “bao maikutlo a bona a tsitsitseng.”

“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Kapa: “bataletse.”

E leng hore batho ba hopole Molimo le lebitso la hae ’me le tsebahatsoe.

Kapa: “ka moea oa ka.”

Ka Seheberu: “Setopo.”

Kapa mohlomong: “phoka ea litlama (tika-motse).”

Kapa: “le tla tsoala ba se nang matla lefung.”

Kapa: “nyatso.”

Sheba Tlhaloso.

E ka ’na eaba ho buuoa ka Iseraele. O tšoantšoa le serapa sa morara.

Sheba Tlhaloso.

E leng ea Eufrate.

Sheba Tlhaloso.

Mona ho buuoa ka motse-moholo Samaria.

Kapa: “feiga.”

E leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.

Ka Seheberu: “Khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya.”

Ka Seheberu: “ba melomo e kokotletsang.”

Kapa: “Khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya.”

Kapa mohlomong: “re entse pono.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “khoele e otlollang.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa mohlomong: “Ha ba utloisisa, ba tla tšoha haholo.”

Kapa: “phuleng.”

Kapa: “lefatše lohle.”

Kapa: “kofola.”

Ke semela se hlahisang peo e nyenyane e sebelisetsoang ho etsa bohobe. Ka Senyesemane ke millet.

Mona ho sebelisitsoe lentsoe la Seheberu le hlalosang koro ea boemo bo tlase e neng e lengoa Egepeta ea boholo-holo.

Kapa: “laea ka; khalemela ka.”

Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “khalemelo.”

Kapa: “Le ea bohlale haholo.”

Mohlomong ho boleloa “Leifo la Aletare ea Molimo” e leng Jerusalema.

Ka Seheberu: “Batho bao u sa ba tsebeng.”

Kapa: “Le khelohile hakaakang!”

Ka Seheberu: “ea khalemelang.”

Ka lebaka la ho soaba le ho nyahama.

Ka Seheberu: “ho qhalla lino fatše e le sehlabelo,” ho bonahala e le pontšo ea tumellano.

Kapa: “ba sa botsa molomong oa ka.”

Ka Seheberu: “qhobosheaneng ea Faro.”

Kapa: “noha ea mollo e fofang.”

Kapa: “taelo.”

Ka Seheberu: “tse boreleli.”

Kapa mohlomong: “selibeng.”

Kapa: “ba mo emetseng ka tjantjello.”

Kapa: “lesela la ho ilela khoeli.”

Kapa mohlomong: “ ’me le re li litšila.”

Ka Seheberu: “mafura.”

Ka Seheberu: “Lebitso la Jehova le.”

Kapa: “moea.”

Ka Seheberu: “e sefang lintho tse se nang thuso.”

Kapa: “ikhalaletsa bakeng sa.”

Mona “Tofethe” e tšoantšetsa sebaka seo ho chesetsoang ho sona. E bolela timetso.

Kapa: “banna ba lipere.”

Kapa: “taoana e moetse.”

Kapa: “mollo.”

Kapa: “setšabelo.”

Ka Seheberu: “maleme a ba kokotletsang.”

Kapa: “a itšoare ka tsela e sa hlompheheng.”

Sheba Tlhaloso.

Mohlomong ke leralla le Jerusalema.

Kapa: “li thabelang ho lula teng.”

Kapa: “lokollang.”

Kapa: “letsoho.”

Ka Seheberu: “linako.”

Ho bonahala e le bahale ba Juda.

E leng sera.

Kapa: “tse lokileng.”

Kapa: “Sebaka sa hae se phahameng se sireletsehileng.”

Kapa: “thuisa ka.”

Ka Seheberu: “e tebileng.”

Kapa: “li tla phalla.”

Kapa: “feiga.”

Ho ka etsahala hore ebe ke liphoofolo tse tšoanang le linare.

Ho bonahala eka ho buuoa ka Bozra e leng motse-moholo oa Edomo.

Ka Seheberu: “majoe.”

E leng moo liphokojoe li lulang.

Kapa: “liphoofolo tse hlabang moolo” e leng liphoofolo tse etsang sello se kang seo ntja e se etsang bosiu.

Kapa mohlomong: “modemona ea nang le sebopeho sa poli.”

Nonyana e tšoanang le sephooko.

Ka Seheberu: “le li aroletse tsona ka khoele e methang.”

E leng moo ho lulang liphokojoe.

Rabshake ke tlotla eo ofisiri e kholo ea Asiria e neng e bitsoa ka eona. E bolela ‘mookameli oa baqhatsetsi.’

Kapa: “phaleisi.”

Kapa: “Sesiria.”

Kapa: “moroto.”

Ka Seheberu: “Etsang selekane le ’na ’me le be ka lehlakoreng la ka.”

Kapa: “feiga.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “phaleisi.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “Bana ba fihlile molomong oa popelo.”

Ka Seheberu: “le.”

Kapa mohlomong: “lipakeng tsa.”

Kapa: “melatsoana ea Noka ea Nile.”

Ka Seheberu: “qetile.”

Kapa: “Ke e entse.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ntlong.”

Ka Seheberu: “matsatsi.”

Mohlomong li ne li sebelisetsoa ho supa nako ka ho sheba moriti.

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

“Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.

Kapa: “mphelisa.”

Kapa mohlomong: “motlathomo.”

Kapa: “bohloko ba moea oa ka.”

E leng mantsoe a Molimo le liketso tsa hae.

Kapa: “U tlositse libe tsohle tsa ka mahlong a hao.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “lifeiga.”

Ka Seheberu: “a ba thabela.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “ ’nete.”

Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”

Kapa: “Buang le pelo ea.”

Kapa: “e habeli.”

Ka Seheberu: “Lentsoe la.”

Kapa: “Lokisang.”

Kapa: “nama eohle.”

Kapa: “Nama eohle.”

Kapa: “lerato la bona le tšepahalang.”

Kapa: “moea.”

Kapa: “O tla lisa.”

Boahlamo ba seatla. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “karolong ea boraro,” ea tekanyo e sa tsejoeng.

Kapa mohlomong: “utloisisitseng.”

Kapa: “li ke ke tsa etsa patsi e lekaneng.”

Kapa: “seemahale sa tšepe.”

Kapa: “babusi.”

Kapa: “e ke ke ea utloisisoa.”

Kapa: “matla a maholo.”

Kapa: “Khutsang ka pel’a ka.”

Kapa: “bochaba-tsatsi.”

E leng hore a mo sebeletse.

Tšepe e tenya eo ho otleloang litšepe ho eona ha li betloa.

Ka Seheberu: “Peo.”

E leng ho ba ea maemong a tlase le ea sa khoneng ho itoanela.

Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.

Sefate se seholo se bolelele ba limithara tse 15 ha se holile. Se na le makhasi a matala le makala a ’mala o kang oa molora.

Ka Seheberu: “tsa pele.”

Kapa: “li tebisetsa pelong.”

Kapa: “bochaba-tsatsi.”

Kapa: “batlatsi ba ’musi.”

Kapa: “ke ntho e sieo.”

Kapa: “Liemahale.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “Nke ke ka arolelana khanya ea ka le mang kapa mang.”

Kapa: “libaka tse ommeng.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “Iseraele.”

Ka Seheberu: “peo.”

E ka ’na eaba ke melimo ea bohata.

Mohlomong ho buuoa ka lintho tsa pele tseo e leng hona li tla etsahala.

Kapa: “le ntšepe.”

Kapa: “borabele ba hao.”

E leng Adama.

Mohlomong ho buuoa ka batho ba rutang Molao.

Kapa: “u sa le ka popelong.”

E bolelang “Ea Tšepahalang” e leng tlotla e hlomphang Iseraele.

Kapa: “naha e omeletseng.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “seemahale.”

Kapa: “tempeleng.”

Kapa: “eike.”

Kapa: “hlakola.”

Kapa: “baprofeta ba bohata.”

Ka Seheberu: “ke tlamolle linyepa mathekeng a marena.”

Ka Seheberu: “tlamella haufi-ufi.”

Kapa: “Ho tloha bochaba-tsatsi ho ea bophirima-tsatsi.”

Kapa: “Ea mo entseng.”

Kapa: “Ea le bopileng.”

Kapa mohlomong: “Kapa na letsopa le ka re: ‘Mosebetsi oa hao ha o na mehele’?”

Kapa: “U bohlokong ba pelehi bakeng sa eng?”

Kapa mohlomong: “Basebetsi.”

Kapa mohlomong: “bo-rakhoebo.”

Kapa mohlomong: “hore le sale le se na letho.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “lokileng.” Sheba Tlhaloso, “Ho Loka.”

Kapa mohlomong ho buuoa ka batho ba ‘lichaba.’

Ka Seheberu: “peo.”

Ke molimo oa Bababilona.

Ke molimo oa Bababilona.

E leng litšoantšo tse bofiloeng holim’a liphoofolo.

Ka Seheberu: “khumamela.”

Ka Seheberu: “tsa pele.”

Kapa: “Molimo ea Matla.”

Kapa: “Morero.”

Kapa: “bochaba-tsatsi.”

Kapa: “morero.”

Ka Seheberu: “li matla.”

Kapa mohlomong: “ha ho motho eo ke tla mo qenehela.”

Kapa: “Mong’a Mebuso.”

Kapa mohlomong: “Ho sa tsotellehe.”

Kapa mohlomong: “Ba arolang maholimo; Balepi ba linaleli.”

Ka Seheberu: “a ee sebakeng sa habo.”

Ka Seheberu: “metsing.”

Ka Seheberu: “tsa pele.”

Kapa: “seemahale.”

Ka Seheberu: “Le.”

Ka Seheberu: “le.”

Kapa mohlomong: “Ke u khethile ha u ne u le ka seboping sa ho qhibilihisa sa mahloreho.”

Kapa: “Ha ke arolelane khanya ea ka le mang kapa mang.”

Ka Seheberu: “eona.”

Kapa: “o nthomile hammoho le.”

Ka Seheberu: “Peo.”

Ke batho ba neng ba lula Babilonia.

Ka Seheberu: “ke sa le ka popelong.”

Kapa: “Jehova o tla nkahlola ka toka.”

Kapa: “kamohelo.”

Kapa mohlomong: “maralla a hlobotseng.”

Kapa: “mora oa popelo ea hae?”

Kapa: “koenya.”

Kapa: “palo.”

Ka Seheberu: “ba le lifubeng tsa bona.”

Ka Seheberu: “Ba tla nyeka lerole le maotong a hao.”

Ka Seheberu: “nama eohle.”

Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “o mphile leleme la ba rutehileng.”

Kapa mohlomong: “matlafatsa.”

Ka Seheberu: “ka lentsoe.”

Ka Seheberu: “Ke entse hore sefahleho sa ka se be joaloka lejoe le thata.”

Kapa: “ntoantšang.”

Kapa: “A re shebane.”

Kapa: “ ’moto.”

Kapa: “ba batlang ho loka.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ka bohloko ba pelehi.”

Kapa: “thota ea lehoatata.”

Kapa: “matla a ka.”

Kapa: “ho ke ke ha senngoa.”

Kapa: “taelo.”

Kapa: “ ’moto.”

Kapa mohlomong: “Seboko.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “ea u pota-potang.”

Ka Seheberu: “lihloohong tsa literata tsohle.”

Ke nete e tšoasang litlhapi.

Kapa: “hlola bakeng sa.”

Kapa: “hloka mantsoe.”

Kapa mohlomong: “utloileng?”

“Hae” e ka emela moshebelli kapa Molimo.

Kapa: “ha ho na letho ka ponahalo ea hae le re khahlang.”

Kapa mohlomong: “E ne eka motho eo batho ba mo patelang lifahleho.”

Ka Seheberu: “khatello le kahlolo.”

Kapa: “bophelo ba hae?”

Kapa: “a bolaoa.”

Kapa: “a se mabifi.”

Ka Seheberu: “molomong oa hae.”

Kapa: “Motho o tla mo fa lebitla.”

Ka Seheberu: “monna oa morui.”

Kapa: “Empa Jehova o ile a thabela.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “thabo.”

Kapa: “bohloko ba moea oa hae.”

Ka Seheberu: “o tšolotse moea oa hae ho isa lefung.”

Kapa: “bana.”

Kapa: “mong’a hae.”

Kapa: “mong’a hao.”

Kapa: “majoe a mollo.”

Kapa: “chelete eo le e sebelelitseng ka thata.”

Ka Seheberu: “ka lebaka la ho nona.”

Ka Seheberu: “Sekehang litsebe.”

Kapa: “ea tšepahala.”

Kapa: “ka bolokolohi.”

Kapa: “eo e leng thato ea ka.”

Kapa: “tsebahatsa.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “o timetse.”

Kapa mohlomong: “ ’Me o phonyohile tlokotsi.”

Ka Seheberu: “libetheng tsa bona.”

Sheba Tlhaloso.

Ke Sione kapa Jerusalema.

Kapa: “Na nka itšelisa.”

E ka ’na eaba e ne e le setšoantšo se rapeloang.

Ka Seheberu: “ka mor’a lemati le kosene ea monyako.”

E ka ’na eaba ke borapeli ba litšoantšo.

Kapa mohlomong: “ho morena.”

Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.

Ka Seheberu: “khathaleng.”

Kapa: “ke patile liketso tsa hao.”

Kapa: “lulang.”

Ka Seheberu: “moea oa motho.”

Ho bonahala ho buuoa ka sechaba sa Iseraele.

Kapa: “buseletse ka matšeliso.”

Ka Seheberu: “Ke bopa litholoana tsa molomo.”

Kapa: “thabeloang.”

Ka Seheberu: “ka setebele sa bokhopo.”

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “khotsofatse moeeng.”

Ka Seheberu: “O tla matlafatsa masapo a lona.”

Ka Seheberu: “khutlisa maoto a lona.”

Kapa: “thabelang.”

Kapa: “thabele.”

Ka Seheberu: “ha li boima.”

Kapa: “ntho e sieo.”

Ka Seheberu: “Maoto a bona a.”

Kapa: “Botšepehi.”

Kapa: “Botšepehi.”

Ka Seheberu: “e bile ntho e mpe mahlong a hae.”

Kapa: “a hlola.”

Kapa: “tlholo.”

Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “peo ea peo ea hao.”

Ka Seheberu: “mosali.”

Kapa: “khanyeng ea mafube a hao.”

Ka Seheberu: “e tla u koahela.”

Kapa: “e khanyang.”

Kapa: “masobeng a matlo?”

Kapa: “joaloka pele.”

Kapa: “khabisa.”

Sefate se seholo sa bolelele ba limithara tse 15 ha se holile. Se na le makhasi a matala le makala a ’mala o kang oa molora.

Ka Seheberu: “anya matsoele a marena.”

Ka Seheberu: “ntlotselitse.”

Kapa: “kamohelo.”

Kapa: “khabise.”

Kapa: “maruo.”

Ka Seheberu: “Peo.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Moea oa ka o.”

Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”

Ka Seheberu: “mosali.”

Kapa: “molomo oa Jehova.”

Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Kapa: “palo.”

Kapa mohlomong: “mofubelu tlere!”

Ka Seheberu: “ka sehatelong.”

Kapa: “tlholo.”

Kapa: “ba ke keng ba ntsoa tlase.”

Kapa: “Lengeloi le tlang ka pel’a sefahleho sa hae.”

Kapa: “Ea isitseng letsoho la Hae le letle letsohong le letona la Moshe.”

Kapa: “metsi a bilohang.”

Kapa: “letle.”

Kapa: “tlhompho.”

Kapa: “etsa.”

Ka Seheberu: “etsa.”

Kapa: “ba mo letetse ka mamello.”

Kapa: “lesela la ho ilela khoeli.”

Ka Seheberu: “re qhibilihe.”

Kapa: “ke uena ea re bopileng.”

Kapa: “Ntlo.”

Kapa: “e ntle.”

Kapa: “ba etsang hore mosi o kubelle.”

Kapa mohlomong: “ba le matlong a ho lebela.”

Kapa: “tse nyonyehang.”

Kapa mohlomong: “Hobane ke tla u bontša khalalelo ea ka.”

Ka Seheberu: “Batho bana ke mosi linkong tsa ka.”

Ka Seheberu: “lifubeng tsa bona.”

Ka Seheberu: “tlhohonolofatso.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “Phula.”

Kapa: “ea tšepahalang.” Ka Seheberu: “Amen.”

Kapa: “ea tšepahalang.” Ka Seheberu: “Amen.”

Kapa: “Mathata.”

Kapa: “fihla pelong.”

Kapa mohlomong: “Ea sa qeteng lilemo tse lekholo o tla nkoa a rohakiloe.”

Ka Seheberu: “peo.”

Kapa: “ea hlomphang.”

Kapa mohlomong: “ea rorisang litšoantšo.”

Kapa: “ba hlomphang.”

Kapa: “Letsoho.”

Ke lirapa tse khethehileng tse neng li sebelisetsoa borapeli ba litšoantšo.

Ka Seheberu: “peo.”

Ka Seheberu: “Ho tloha mathoasong a khoeli e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe le ho tloha sabatheng e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe.”

Kapa: “nthapela.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela